Sesotho QOQA - nalane ya Mosotho

Transcription

Sesotho QOQA - nalane ya Mosotho
Phatlalatso ya 1
KGATISO YA 02
QOQA Sesotho
Phuphu
2013
LESEDINYANA LA NALANE KA FEZEKILE FUTHWA
TSHEBEDISO
YA SESOTHO
HO TSA MAHLALE
Tse Mabapi
Morija Arts & Culture
Festival
Bafokeng Kopanang
Jwalo ka dilemo tsohle tse
fetileng, monyakwe wa Morija wa
bonono le botjhaba e bile o kgahlang e le ka nnete.
Sehlopha sa Bafokeng Kopanang
ho hlokomeleha se hola ka tsela e
kgahlang. Ditho tsa bona ha jwale
di ballwa ho dikete tsa Basotho.
Morija Museum & Archives ba
lokelwa ke tlotlo ka mosebetsi
ona o kgabane.
Ba tshwara merero kgafetsa,
mme e ka dikopano tsa bona di
ya atleha ka mehla.
E se ka isaho Basotho ba QOQA
Sesotho ba ka ya finyella moketeng.
Moifo wa QOQA Sesotho o motlotlo ka seo ba etsang ho tsoseletsa seboko sa Bafokeng.
Kopano ya Makgolokwe
Thahasello ya Diboko le
Dithoko
Basotho, Makgolokwe a borwa ba
Lejweleputsa a bonahala a
kopane mme a tshwara dikopano
moo teng metsofe e arolelang le
letlobo le letjha ka Nalane ya
Makgolokwe.
Makgolokwe a bile a kopile ho
ngollwa buka e akaretsang
diboko , Nalane le mmole wa
bona.
Nalane le QOQA Sesotho di motlotlo ho lemoha hore mosebetsi
o qadilweng ke Nalane lemong
sa 1998 o nkilwe ka sekaja.
Sengolwa sena se tla phatlalatswa
mohlomong ho ya meflong
monongwaha.
Re etsa kgoeletso ke hona hore
Basotho ba hle ba qalelle ho
itokisetsa leeto leo.
TSEBISO E BOHLOKWA
Nalane e motlotlo ho tsebisa setjhaba sa Basotho hore e
mothating wa ho phethela mosebetsi wa ho fumantsha mosebetsi wa bona ka sekgowa ho latela dikopo tse ngatangata tseo
re di fumaneng.
Batho ba sa tsebeng ho bala Sesotho ba kopile hore ba fumantshwe tsela eo ba ka ikunelang mosebetsi wa rona ka teng, mme
re qetelletse re kgutlisitse dipelo tabeng ena.
Sethatong re hanne heng heng ho dumela sena, tlasa lebaka la
hore morero wa rona ke Sesotho le Basotho, mme re bonne
sena e le bohlabaphio sepehong seo.
PO Box 1452
Alberton
1450
Email: [email protected]
www.nalane.org.za
E re ka ha re thahasella
ntshetsopele ya puo ya Sesotho, e nngwe ya dintho tseo
re lokelang ho di emela ka
maoto ke ho ananelwa ha
Sesotho ke Basotho tsebedisong ya tsa mahlale.
Ka tsela ena he, re kgothaletsa Basotho ho qala ho
sebedisa dikomporo ka puo
ya Sesotho hohle moo ho
kgonehag teng.
Nalane, www.nalane.org.za, ho
hlokomeleha e ratilwe ka ho
fetisisa ke batjha, hoba boholo
ba dipuisano le dikopo di etswa
ho bona.
E bile re ka thabela ho bapala
Sena se supa hantle hore Nalane
ya Basotho e ka kgutliswa mme
ya boela ya e ba tlhase setjhabeng.
Ke kutlwisiso ya ka hore SABC ke tshebeletso ya setjhaba, mme ke ka hona e filweng boikarabelo ba ho
hlabolla dipuo tsohle tsa naha; e bile ba fuwa matlole
ke mmuso ho phethahatsa morero ona
Batjha ba ya ipatla hore na ke bo
mang le hore na ba etswa kae.
Re lokela ho ema ka maoto ho
thusa tabeng ena, mme dingolwa
tse buang ka diboko di
bohlokwa.
Ho feta mona, SABC e fuwe boikarabelo ba hore puo
ka nngwe ya naha e lokela ho ba le tshebeletso ya
seyalemoya moo teng puo ena e bolokwang le hona
ho tshireletswa.
Morero wa Nalane ke ho phalatsa buka ka nngwe ka seboko
ka seng.
Tsena tsohle di lokela ho ba di
phethilwe ha sena se hodimo se
kodumela.
Lesedi Basotho.
Feela re qetelletse re utlwisisa hore ho teng le Basotho ba hlolwang ke ho bala Sesotho!
Karolo phetolelong ya dinolo
(software) ho netefatsa sena.
Ditshebeletso tsena tsohle di bitswa ka hore ke ditshebeletso tsa setjhaba.
Re hlaba mokgosi ke hona
hore Basotho ba re tsebise
ka tshebediso ya bona ya
Sesotho lefapheng lena, le
hore na re ka thusa jwang
moo ho hlokehang teng.
Lekgatheng lena SABC e na le ditshebeletso tse pedi
tse amang puo ya Sesotho, e leng:
Basotho ba ka itholla dinolo
tsa puo ya Sesotho ho
www.translate.org.za, mme
re lokela ho netefatsa hore
boleng ba Sesotho ke bo
hodimo.
Mosebetsi ona o tla tholahala ho http://english.nalane.org.za/
haufinyane.
Phatlalatso ya 2 ya QOQA Sesotho, Phupu 2013
© 2013 Nalane ka Fezekile Futhwa
SABC LE NYEDISO YA PUO YA
SESOTHO.
1
 SABC 2
 Lesedi FM
SABC e tlanngwe ka molao ho hasa ka puo ya Sesotho ditshebeletsong tsena, mme ha se ka boikgethelo
hore e ba Sesotho se teng kgasong ya bona.
Feela ho ya swabisa morao tjena ho hlokomela hore
tsebediso ya Sesotho ho SABC e kgwehla haholo.
Ditaba tse balwang ka puo ya Sesotho ho SABC 2 di ya
swabisa ka tshebediso ya puo. E ka Sesotho ha se na
mantswe ha o mametse ditaba tsa teng.
Ha ho sa na dipale tse haswang ho SABC 2 tsa Sesotho, re bontshwa dipale tsa Setswana le Sepedi.
Ha ho lenaneo la SABC 2 le haswang ka Sesotho le ha
feela a le mangata a haswang ka dipuo tse ding!
Qaka ya Lesedi FM yona e se e ile ya anngwa kgatsiong e fetileng, feela le lona ka ho tshwana o ka
tshwana o nahana hore Lesedi FM ke tshebeletso e
tshwanang le bo YFM ha o e mametse! Sesotho sa
Lesedi FM se kgwehla ha bohloko hona hoo ke dumelang hore re lokela ho etsa ho hong ka seo.
Karabo eo ke e fumaneng ho Lesedi FM ha mmoho le
SABC ha e kgotsofatse mme Basotho ba lokela ho
ema ka maoto ho hatella ditshebeletso tsena ho
hlompha puo ya Sesotho.
Na ho hlokahala hore ho uwe makgotleng a dinyewe
ho fumana see?
Dihlooho
Mekgatlo ya Basotho
1. Tshebediso ya Sesotho ho tsa Mahlale
Nalane ka Fezekile Futhwa
2. SABC le nyediso ya puo ya Sesotho
Ena karolo e batla e le boima hona
hoo ke sa tsebeng hore ha nako e
tsamaya ke tla kgona ho e boloka e
le boemong bo lokelang.
3. Mekgatlo ya Basotho
4. Na Sesotho se fapana ho ya ka dibaka?
5. Tlotlontswe ya Sesotho
Sepeho le morero ka yona ke ho
fana ka mesebetsi e nyallanang le
seo re leng sona kwano ha Nalane,
feela ke batla ke tshwenyeha hobane ha kgolwe ditshebeletso tsa
mofuta ona di eba teng kgafetsa, ka
hoo ke ipotsa hore ka mora kgatiso
ena ho tla etsahala eng ka karolo
ena.
6. Qhaqholla o re qiti
7. Hlaboloha
8. Puo ya Sesotho dikolong
9. Mmuso o qobella tshebediso ya Sesotho dikolong
10. Lefatshe ke Leruo
Mona ke mpa ke arolelana le Basotho ka dibaka tse ding moo ba ka
ithollang masutsa a amanang le
ditlwaelo, mekgwa le meetlo ya
Basotho.
11. Tseba Ditho tsa Qoqa Sesotho
12. Dingolwa tsa Sesotho
13. Menyetla ka puo ya Sesotho
Feela ke lokela ho hlokomedisa
babadi ba lesedinyana lena hore
ditshebeletso tse hlahisitsweng
mona ha se tseo Nalane e di
kgothaletsang kapa hona ho di
ananela.
14. Re Tlotla Bahale
15. Tjhadimeho
16. Mampodi wa Qoqa Sesotho
17. Thapelo ya Sesotho
Ka tsela ena Basotho ba lokela ho
ikukela qeto ka tsona le ditaba tsa
teng.
18. Dithoko
19. Tse Mabapi
Sepheo ka ho fana ka tsona ke hore
hape re be le lenane la ntho tse
kang tsena bakeng sa ho bebofatsa
mosebetsi wa Basotho bohle ba
nang le thahasello ya tsebo kapa
diphuputso.
2
Nalane, www.nalane.org.za, ke
sebaka seo ho badiswang ka nalane
le mmole wa setjhaba sa Basotho.
Tsena tsohle di fumaneha ka marangrang. Ho feta mona Nalane e
phatlalatsa dibuka tsa Sesotho le
tse buang ka Basotho ka maleme a
mang.
QOQA Sesotho
Qoqa Sesotho ke sehlopha se thehilweng ho Facebook ho tshohla
ditaba tse amanang le Sesotho le
Basotho.
Morija Museum & Archives
Mona ke baboloki ba dingolwa le
ditokomane tsa Sesotho. Ba bile ba
phatlalatsa dibuka tse ngata haholo
ka Lesotho.
Morija Sesuto Depot
Morija Sesuto Depot ke lebenkele
la dibuka tsa Sesotho la Morija
Printing Works.
Mazenod Book Centre
Mazenod ke baphatlalatsi ba
dibuka tse ngodilweng ka Sesotho.
Le ha kwana e le bahatisi ba kereke
ya Roma, feela ba phatlalatsa
dibuka tse ngata tse kgahlang tsa
Sesotho.
Sesotho Web
Sena ke sebediswa sa marangrang
se bokelletseng dikarolo tse ngata
tsa Sesotho tse amanang le tlotlontswe.
Topix Lesotho
Sena ke sehlopha se buang ka ntho
tse ngata tse fapaneng. Le ha
kwana sehlopha sena se
se na tsepamo ka dipuisano tsa sona, feela
o ka iphumanela
nthwana tse molemo ka
ho batlisa tse buuwang.
Na Sesotho se fapana ho
ya ka dibaka?
MOHLOPHISI
Ntlha ya tshebediso ya puo ho
Lesedi FM e ya tshwenya, mme
e lokela ho emelwa ka maoto.
Feela pele re nka dikgato tse
fetang tse seng di nkuwe ha
jwale, re lokela ho itekola le
hona ho botsisisa hore a na ho
feela ho hlokahala hore re
qobelle tshebeletso ya Lesedi
FM ho hasa ka Sesotho se
nepahetseng?
Hoba ho qobella taba empa
Lesedi FM le etsa sena tlasa
mabaka a hore bamamedi ba
bona ha ba natse taba eo le
teng ke tshenyo ya nako le
tjhelete.
Nalane ha mmoho le QOQA
Sesotho di lokela ho nonya
maikutlo a setjhaba ka taba
ena, le ha kwana dipuisano tsa
sehlopha sa QOQA Sesotho
tsona di supa hore Basotho ba
ya tletleba ka taba ena.
Basotho, re ngolleng le ntshe
maikutlo a lona ka ntlha ena.
Tlotlontswe ya Sesotho
Ba re ho teng Basotho ba ditoropong le ba
mahaeng. Ba Lesotho le ba Aforika Borwa!
Pherekgong
Fera + Lehong = Pherekgong
Pherekgong e bopilwe ka mantswe
fera ha mmoho le lehong.
Ho fera ke ho beha dikalletsa ha o
tla rurela ntlo.
“ATHE BASOTHO HA SE SETJHABA SE LE
SENG?”
Kgweding ya Phato, ntate Fezekile
Futhwa o ile a Kenya tletlebo mabapi le tsebediso ya senyesemane
websaeteng ya Lesedi FM. Tsohle
di phatlaladitswe ka senyesemane
le ha kwana ho thwe Lesedi FM ke
tshebeletso ya Sesotho.
Ke lebakeng lena moo tletlebo e
ileng ya kenngwa. Tletlebo ya pele
e lebisitswe ho Lesedi FM, empa ha
hlokahala karabo nakong e ka etsang dikgwedi. Ho latela ho hloka
karabo hona ke hona ho lebisitseng
hore tletlebo e latelang e lebiswe
ho lefapha la tsa molao
(Compliancy) ho SABC, ho ICASA ha
mmoho le ho Lekgotla la Ditletlebo
la Ditshebeletso tsa Kgaso
(Broadcasting Complaints Commission of South Africa).
Hlooho ya tsa Molao ho SABC e ile
ya hla ya itlhatswa matsoho tabeng
ena, le ha kwana ke ne ke lebelletse hore o tla jara boikarabelo ka
ha tsena di wela tlasa tsamaiso ya
hae. BCCSA le yona e ile ya itlherolla di sa tloha ya re tsena ha di
wele tlasa tsamaiso ya bona!
Ho nkile ICASA nako e fetang
kgwedi hore ba kgutlele ho nna ka
karabo. Lengolo la bona e ne e le
feela ho ntsebisa hore ba amohetse tletlebo ya ka mme ba tla
boela ba kgutlele ho nna. Ho fetile
kgwedi tse tharo jwale empa ke
ntse ke emetse karabo ya ICASA.
Ho latela pisano ya ka le Hlooho ya
Molao ho SABC, ke ile ka letsetswa
ke Hlooho ya Lesedi FM ntate Pulapula Mothibi, lebaka e le ha batla
ho tseba ka tletlebo ya ka hoba
jwale ditaba di ne di se di hlaha
ntlo kgolo ha SABC.
Puisanong ya rona ntate Mothibi o
ne a sa thaba ho hang, feela ka
beha mabaka a hore na hobaneng
tletlebo e qetelletse e finyelletse
ntlo kgolo ya bona.
Mona ke lokela ho hlalosetsa Basotho hore ho ya ka Lesedi FM ha ho
letho le phoso ka ho ngola websaete ya bona ka sekgwa se inotshi,
le ha ba ipitsa tshebeletso ya Sesotho. Tlhaloso ya bona ke hore ho
teng batho ba etelang websaete eo
ba sa tsebeng Sesotho, haholoholo
beng ba matlotlo ba bapatsang ho
Lesedi FM.
Na leo ke lona lebaka la ho
tlapurela puo ya Sesotho?
Lehong ke ntlo e ahuwang masimong moo matshosi ba mabele ba
tla dula teng.
Lebaka la ho qetela leo ntate
Mothibi a mphileng lona ke hore ke
SABC e jarang boikarabelo ka websaete ya bona! Ka hoo ba tshwara
bothata ho fumana tshebeletso e
kgahlang ho tswa ho bona.
Basotho ba kgale ba ne ba aha mahong ha ba tla tshosa dinonyana
masimong, mme sena se etsahala
ka kgwedi ya pherekgong ka ha ke
yona kgwedi eo mabele a hasitseng
modula ka yona.
Ke fumanne lebaka lena le
nthonkga hobane le sa utlwahale
ho hang.
Ke kgwedi eo ka yona lebuwang
masimong matsatsi ohle ho ya
tshosa dinonyana hore di se je
Ke swabile nko ho feta lamina hobane ditletlebo di bile mmalwa le
ho QOQA Sesotho ka tshebediso ya
puo ho Lesedi FM, empa ho fihlela
ha jwale ha ho motho le ya mong
wa Lesedi FM ya kileng a leka ho
hlalosa kapa hona ho rarolla tshita
ena. Hlooho ya Lesedi FM ya Diphatlalatso e leng ntate Mosoli
Mohapi ke setho sa QOQA Sesotho,
feela ho fihlela lena le hodimo le ka
mohla hore ntate Mohapi a ke a
leke ho hlalosa taba ena.
mabele.
Modula ke mofuta wa joang bo
makala a malelele, o mahlaku a
masesane. Ha ho thwe mabele a
entse modula ho mpa ho
tshwantshwanngwa mahlaku a
mabele le jwang ba modula.
Kgwedi ya pherekgong ke nako eo
mabele a pele a ho lenngwa, a
lenngweng ka kgwedi ya Phupu, a
ya hlomela mme a e ba le mmoko.
Ena e bile ke yona kgwedi eo ka
yona koro e kotulwang ka yona
masimong.
* Tlhokomediso:
Kgwedi ka nngwe re tla badisa ka
kgwedi e hodimo mme re fane ka
moelelo wa yona.
Potso ho Basotho ka kakaretso ke
hore a na le ananela maemo aa a
puo ho Lesedi FM?
Tsena tsohle di sebediswa ka tsela
ya papadi mme di arotswe e le
dipapadi tsa bana le tsa batho ba
baholo.
Kgato e latelang ho tswa ho Nalane
ke ya semolao, moo re tlang ho
qosa Lesedi FM ka tsena tsohle
lekgotleng la molao. Na ho ne ho
hlokala hore tsena tsohle di etsahale?
Sepheo ka malepa le mawa ana ke
ho fihlella tharollo ya mofuta o
itseng.
Bakeng lena, Mme Malerato
Malefafau o tlotlwa mona ka
setshwantsho sena sa banana
ba tenneng dithetana.
Ho thwasa ha selemo sa Basotho
ho etsahala ka kgwedi ya Phato
mme ho bonwa ka:

Ho hlaka ha Selemela se setshehadi.
Difate di a thunya.

Dipalesa di a thunya.

Diphoofolo di a palesa.
Papadi ena ke ya sethatho kgolong
ya ngwana Mosotho moo teng a
rutwang mekgabo puo ha mmoho
le tlhalohanyo.

Naha e ya tjheswa.

Bojwang bo botjha bo qalella
ho mela.
Re lokela ho hlokomela hore
malepa le mawa a itshetlehile haholo tsebong ya puo ya Sesotho ka
ha a hloka tlhalohanyo e batsi ho a
rarolla.

Pula e qala ho na ka mahadima.

Marole a ya puputla.
Papadi e na e bapalwa ka tsela ya
pina hoba bana ba kgona ho phetha
morethetho wa pina ha bobebe e le
hona ho re ba hopole mantswe a
yona.
* Re tla hlalosa ka kamano ya
dikgwedi, dingwedi ha mmoho le
boemo ba lehodimo dikgatisong tse
latelang.
Malatadiana tsela, pitsana ha e na
kgobe, le e nngwe ha e na kgobe….
Ho latela ka moo setso sa Basotho se hatikelwang ka teng, ho
ya kgahlisa ho bona banaba ba
Basotho ba bapala dipapadi tsa
Sesotho ba bile ba kgaba ka
meaparo ya Sesotho!
Dikgwedi tsa Basotho di hlahlamantshwa ho latela mesebetsi e
etsuwang masimong.

Re tla e tswellisa pele kgatisong e
latlang.
3
E re ke qale ka ho hlalosa hore nako
e nyenyane hara Basotho ke letsatsi, mme matsatsi ona a etsa
dikgwedi, ha dikgwedi tsona di etsa
dilemo; dilemo mengwaha.
Letsatsi le etswa tlung.
Mofuta o tummeng haholo wa
malepa ke papadi ya bana e
bitswang Malatadiana Tsela.
Basotho ba na le malepa le mawa a
sebediswang ho hlabolla le ho
tjhora kelello.
Basotho ba bala matsatsi a kgwedi
ho tloha ha ngwedi e thwasa ho
fihlela e nyamela.

QHAQHOLLA O RE QITI.
Ka bokgutshwanyane ha ho letho
leo ba tshepisang hore le tla fetoha
ho Lesedi FM.
Selemo
Puisano tsa QOQA Sesotho
Hlaboloha
Puisano tsa QOQA Sesotho
Tjotjo e hloma Sesela.
Matsatsing a na batho ba kgaba
ka bojakane, hona hoo le puo
ena e paala e ripitlwang
molemong wa sekgowa.
Ho thata ke hona ho
utlwa Basotho ba
sebedisa maele a
bona meqoqong ya
bona ka ha sekgowa se thopotetse bathong.
Teboho Koena Makhetha o
tlotlwa ke hona ka ho hloma
ana maele sehlopheng.
Re boele re lebohe kgaitsedi
Mpho Mohlomi ka tharolo ya
maele ana hoba e ka se ne se
kgitlile lejwe.
Puo ya Sesotho dikolong
tsa rona.
Nalane e thehile ka selemo sa
1998 kgweding ya Pherekgong
ke ntate Fezekile Futhwa.
E thehilwe ho latela ho
swabiswa ke ho elellwa hore ha
ho ditshebeletso tse fanang ka
nalane ya Rantsho. Ditshebeletso tsena di akaretsa marangrang, dibuka, dithutho
sekolong le unibesithing, diyalemeya, dibonela-hole ha
mmoho le mekgatlo e thehilweng ke mmuso ho ntshetsa
botjhaba pele.
Ka mora diphuputso tse matla,
ke ile ka nka qeto ya ho theha
sebaka moo tloholo tsa Rantsho di ka kopanelang teng ho
phehisa ka botjhaba ba rona.
Ho thehweng hwa yona, Nalane
e ne e tsejwa ka lebitso la Afrikan Virtual Resource Network
mme e na le mekgahlelo e
mmedi. Mokgahlelo wa sethato
e ne e le wa Sethepu(isiXhosa)
mme hwa latela mokgahlelo wa
Sesotho.
Empa e re ka ha mehleng eo
ditshenyehelo di ne di le
hodimo ka sekgahla, ka hloleha
ho boloka mosebetsi ohle ka ha
ke ne ke sebedisa ditshebeletso
tsa mahala ho phatlalatsa
mosebetsi ohle, mme mosebetsi oo ohle o mphonyohile ke
hona!
Selemong sa 2001 lebitso la
boela la fotoha ho ba Afrikan
Virtual Resource, sena se
etsuwa e le ha ke lokisetsa
phatlalatso ya maleme a mang
a Rantsho.
Theho le kgolo ya mosebetsi wa Nalane e
bile ntho ya dilemo.
Lefatshe ke Leruo
Basotho ha e sa le ba dumela hore
mobu, diphoofolo le masimo ke
tshiya ya moruo.
“TSEBO KE LEFA LE SA BOLENG”
Hang ka mora mona ya ba ke theha
sehlopha sa QOQA Sesotho ho
Facebook, seo lesedinyana lena le
rehelletsweng ka sona.
Ka Sesotho monna o lokela ho ikemela, mme ka sena ke bolela hore
o lokela ho ba le leruo la hae mme
a se sebeletse motho e mong.
Buka ya boraro e bile ya Bafokeng.
Feela le ona mosebetsi ona ka boela ka lahlehelwa ke ona mohla ho
neng ho utsuwa komporo ya ka
lapeng!
Ka mora mona ka hlokomela hore
ke sebeletsa ntata selala mme e ka
kgona ke lohe leana ho thibela
diketsahalo tsa mofuta ona ho
iphetha ka moso.
Ke teng mona moo ke ileng ka intsha sehlabelo lemong sa 2003 ho
ngodisa www.nalane.net e le sona
sebaka moo mosebetsi whole o
tlang ho phethahala teng. Ke bile
ka kopa ntate Isaac Monnapula ho
nketsetsa letshwao lena leo Nalane
e tsebahalang ka lona kajeno.
Ke mothating ona moo Nalane e
qadileng ho hola ka sekgahla mme
ya theha maqhama le batshehetsi
ba sehlotshwana.
Ho latela mosebetsi ona, ke qadile
ho fumana dikopo tsa hore ke
thusetse mafapheng a fapaneng a
tsamaisanang le tsa setso le moetlo
wa Basotho le MaXhosa. Hara mesebetsi ena ke ile ka etsa phetolelo
ya buka Dianetics puong ya SeXhosa.
Ke mona moo ke qadile ho ferola
bahanyapetsi maikutlo ka mosebetsi ona hoba ba ne ba lakaditse
Hore mosebetsi ona o nyope, empa
e itse ha ba hlokomela katleho ya
ona, ba qalella ka malebaleba a ho
nnyahamisa mooko. Ke fumane
melaetsa e sehlopha ya thohako ke
hona ho tswa ho babasweu ha
mmoho le bana ba thari e Ntsho!
Ke dinakong tsena moo ke qadileng
ho fumana dikopo ho tswa ho batshehetsi ba Nalane hore uwele bo!
Ha ke mpe ke hlahise mosebetsi
ona ka tsela ya buka hore ba tle ba
itholle yona ho e boloka malapeng.
Ke qadile ho nka kopo eo ke e
nkela hloohong lemong sa 2009,
moo teng lekileng ho phara mosebetsi o neng o fumaneha ho
www.nalane.net bukeng; empa ka
fumana hore buka le marangrang
ke dibaka tse pedi tse fapaneng
haholo feela. Ka hoo sena sa nqosa
ho ngola mosebetsi botjha ke o
ngolla buka.
Ke hona mona moo buka e tholahalang kajeno leng e bitswang
Setho: Afrikan Thought & Belief
System e qadileng teng.
E itse ke sa ngola buka eo, ya ba ke
teana le ntate Zwelibanzi Tshabalala, ya ileng a nkgothaletsa ho
ngola dibuka tse kgutshwane ho
feta eo ke neng ke e ngola! Sena se
ile sa qetella e le buka eo kajeno e
bitswang Diboko tsa Basotho.
Bana ba Basotho ba hodiswa tlasa
tsamaiso ena ya moruo, moo
bashemane ba alosang diphoofolo
tsa bontata bona, ha mmoho le
tshosetsa masimong a batswadi ba
bona.
Dibuka tsena tse tharo e bile neletsano ho tloha ho Nalane ho ya ho
QOQA Sesotho, mme kajeno lena
ho teng dingolwa tse tseleng tse tla
phatlalatswa haufinyana.
Ho latela phatlalatso ya dibuka,
Nalane e iphumana e le boemong
moo e bitswang ka hore ke Mophatlalatsi, feela ke hanne ho e
ngodisa e le kgwebo tlasa mabaka
a itseng.
Ka Sesotho lelapa le ya tshwarana
ho netefatsa hore tsena tsohle di
ba le katleho. Ke ka hona Mosotho
wa kgale a neng a e ba le bana ba
bangata, ho netefatsa hore matsoho a teng ho thusetsa mesebetsing ya lelapa.. Ka ha temo le
diphoofolo di le ka sehlohlolong,
bashemane ba ne ba labalabelwa
ke hona, e le hore ba tle ba hlokomele leruo la bo bona. Sena se ne
se betla bana ho ba banna ba sebele ka ha ba hola ba bona hore
tsamaiso ya moruo e eme jwang.
Dihlahiswa tsa Nalane kajeno lena
di eme tjena:

Marangrang

Dibuka

Lesedinyana
E tla re ha se hodimo se fela, re tla
be re hlahisitse dintho tse kang
matlapa a mmino le dithoko, diaparo mme re phethela morero wa
ho theha mophato(sekolo) moo re
tlang ho fana ka tsebo ho bao ba
tlang ho bolla le rona.
Ho feta mona, ngwana moshemane
o ne a hola a se a ntse a ena le
leruo la hae hobane ntatae o ne a
mo tshwaela namane kapa tse
pedi, tseo a tlang ho di hodisa ho
fihlela a eba le mohlape o foletseng.
Ka tsela ena ngwana moshemane o
ne a tseba hantle hore e bang a sa
itshwarele ka matsoho a hae, o tla
iphumana e le mofutsana. Bofutsana ke sekgobo hara Basotho hobane batho bohle ba fuwa menyetla e tshwanang ka mobu hoba
mobu ke wa setjhaba. Feela ho ho
motho hore o etsang ka mobu oo
ka tsela ya temo ha mmoho le leruo
la hae la diphoofolo.
Bana ba Basotho ba hola ka tsebo e
felletseng ya hore monna ya futsanehileng ke lekgoba la bohle
hobane ke yena ya tlang ho hirwa
ke barui ho thusa masimong le ka
diphoofolo.
Sena ngwana Mosotho ya nang le
boikarabelo o ya senena.
Ana ke diphoofolo di fe tseo Basotho ba di ruang?

Makgomo

Dinku

Dipodi

Dikolobe

Dikgoho
Maraka

Kwae

Matekwane
Hlokomela hore ha ke ya bala
poone lenaneng le badilweng.
Lebaka ke hore poone e fihla
morao tjena le majakane, ka
hoo ha se sejalo sa Basotho sa
sethato.
Ke tla badisa ka mefuta ya dijalo tse adimilweng ho majakane tse sebediswang ke Basotho ba kajeno. Dikgatisong tse
tlang.
Diphoofolo tse kang dipitsi le dipokola le ha Basotho ba ena le
tsona, feela ha se karolo ya leruo
hoba tsona di sebediswa ho
hlokomela mohlape o badilweng.
Ka hoo ka botsona ha se seo Mosotho a hahamallang ho ba le
sona.
Re tla boela re lekola mefuta ena
ya diphoofolo, mefuta ya tsona le
hore na di hlokomelwa jwang.
Ana ke mofuta ofe wa temo oo
Basotho ba o lemang?

Mabele

Koro

Dinawa

Dihwete
Karolong ena ya lesedinyana re
tla lekola taba tse amanang le
mobu(lefatshe), temo, leruo le
moruo.
Ke tshepa ha ditaba tsena di tla
hlabolla ba bangata mme di
boele di qholotse Basotho ho
boela ba lekola mekgwa ya ho
phela Basotho, haholoholo ba
maro tjena.
Se ka sehloohong mohopolong
wa ka ke tekolo ya karolo eo
Basotho ba ka e bapalang ho
tsa moruo naheng ya Aforika
Borwa le Lesotho.
Re qadile ho sebedisa
www.nalane.org.za lemong sa 2010
ho latela mosweu ya ileng a utswa
lebitso la www.nalane.net!
Ho feta mona ke tshepa karolo
ena e tla fana ka thuto mabapi
le temo le thuo ya diphoofolo
hore bao ba nang le thahasello
ba tle ba ikunele molemo.
Ha modimo le badimo ba sa mpehile, Nalane e tla hola haholo
haufinyane, mme ho tla hlokahala
bana ba Basotho ba nang le tsebo
ya Sesotho le botjhaba ba bona.
Kgotso, Pula, Nala!!!
Ngwana moshemane o ne a hola a
tseba hore o lokela ho itshwarela
ka matsoho a hae mme a se
tshepele ho e mong.

4
Mmuso o hatella tshebediso ya
Sesotho dikolong tsa rona.
Ana ke bo mang bangodi ba dingolwa tsee?
Maleme a Rantsho a thakgolwa dikolong.
Kgatong e sa tlwaelehang,
mmuso wa Aforika Borwa o
nkile qeto ya hore maleme
ohle a Rantsho a ho moloa
wa motheo a lokelwa ho
rutwa dikolong ho bana
bohle ba sekolo ho tloha
isaho.
Sena ke qeto e sa tlwalehang hobane kwano Aforika
Borwa sohle se amanang le
setjhaba sa Rantsho se ya
kgeswa, e leng lebaka leholo
le entseng hore ka mora
dilemo tse ngatangata ka
mora tokoloho, e be
maleme a Rantsho a ntse a
kgellwa fatshe a bile a sa
hlomphuwe.
Molao Motheo wa naha o
ile wa tshireletsa maleme a
itseng ka ho a beha molaong, empa le ha ho le
jwalo, ha ho merero e entsweng ho a ntshetsa pele. Le
ha kwana mmuso o re batho
ba na le boikgethelo ba ho
fumana ditshebeltso ka
maleme a kgetho ya bona,
sena ke toro hobane ha o
fihla mmusong o hloka ho
thuswa ka puo ya hao; o tla
qetella o tetse dibakeng tse
ngata. Mohlala ke diphatlalatso tsa mmuso ka botsona,
na di kae tse etswang ka
maleme ohle?

Barutehi ba ya tena e bile ba re busetsa morao ka ntshetso
pele ya Sesotho. Ntlha ena ke tla e toboketsa haholo kgatisong e latelang, hoba barutehi ba Rantsho ha ho letho le
ntshetsang maleme a rona pele leo ba le entseng ho fihlela
lena le hodimo. Baostho ba kgobohelwang ke polelo ena ba
tle ba nngolle kapa ba ntetsetse.

Mokgwa-Ngolo

Basotho, mmoko wa tsohle tse amanang le puo ya Sesotho
ke ntlha ena, mokgwa-ngolo wa Sesotho, orthography!

Le ha re ka inanatha ra reng, ho salang ke hore tsela eo
maleme ohle a Rantsho a ngolwang ka yona e rerilwe le
hona ho phethahatswa ka makgowa(missionaries), mme ha
ho ka mohla re kileng ra ema ho lekola sena re le setjhaba
sa Rantsho.

Ntlha ena ke yona e inotshi e leng sesosa sa diqaka tse
ngata tse tobaneng le maleme a Rantsho. Ke ka hona barutehi ba tlang ho re bolella hore Sesotho se lokela ho
ngolwa jwang, ka mantswe afe; ntle le ho kgathalla melao
ya puo ya Sesotho ya boholo. Kajeno lena re qobellwa ho
sebedisa mokgwa o le mong le wa sekgowa wa ho hlalosa
Sesotho le mantswe a sona.

Kajeno lena re bolellwa hore tsela e nepahetseng ya ho
ngola Sesotho ke MOMOLESEMBAHOBAMEMADIDINMAHO. Sena ke dihlopha tsa mabitso. Ana re kile ra dula
fatshe mme ra hlahloba hore na dihlopha tsa mabitso di
nyallana le melao ya Sesotho ya sethato? Na re kile ra jara
boikarabelo ba hore pele ho selemo sa 1835, Sesotho e ne
e le puo tse fapaneng tse nang le mantswe a mangata ho
feta a akaretswang ke dihlopha tsa mabitso? Na re kile ra
jara boikarebelo ba hore hara Basotho ho teng diqapodiso
tse fapaneng? Na re sa hopola maleme a tshwanang le Setlokwa, Sekgolokwe, Sefokeng, Sekwena, Sephuthing le a
mang? Ho etsahetseng eng ka ona ka lebaka la orthography
le dihlopha tsa mabitso?

Ana re lokela ho latela tsee tsohle kapa ho jara boikarabelo
ba hore na Sesotho se lokela ho ngolwa jwang? Tsena
tsohle di etswa ke Basotho? Na re tla fihlella merero ya
mmuso ka nepo ka mmila oo re o putang ha jwale?

Nna ke ya hana ke ya pheha, re lokela ho qala ka ho ngola
orthography ya rona botjha. Hobaneng ha Seostho sa
Aforika Borwa le Lesotho di fapane?
Ena ntlha ke kopa ho e kopanya le e latelang.
Lenane-Thuto
Ho feta mona, na ke maqephe
afe a mmuso malwanlahleng a
intanete ao o ka a fumanang ka
Sesotho? Ke re le mmuso wa
lebalowa la Foreisitata ha o na
le sebaka se inotshi se ngotsweng ka Sesotho inthaneteng!
Re lokela ho hopola tsena
tsohle ha re bua ka tshebediso
ya maleme a Rantsho.
Se bohlokwa ta kgato ena ke
hore mmuso o lokela ho thoholetswa ka ketso ena, hoba
sepheo sa yona ke ho tsoseletsa
le hona ho ntlafatsa maleme a
rona. Ka tsela eo, bohle re
lokela ho thoholetsa mmuso
mme re fane ka tshehetso ya
rona ho ntshetseng pele
morero ona.
Tsietsi e kgolo le qaka e shebaneng le rona bohle ba
boulellang maleme a Rantsho
ke hore na morero oo o tla
phethahatswa ka nepo?
Le ha maikemisetso a tsoteha,
feela ke dumela hore ho teng
dintho tse sehlotshwana tseo re
lokelang ho di ela hloko pele re
ka ya le kgongwana hodimo
hore tsohle di lokile.
Ke lakatsa ho hlahisa ntlha
tsena tse latelang e le tsona
sesosa sa ngongoreho ya ka ka
morero wa tshebediso ya puo
dikolong:
Ke batla ke le lesisitheho ka ena taba hobane lenane-thuto leo bana
ba le rutwang ka puo ya Sesotho le ya swabisa.
“TSOHLE DI ETSHALA KA PUO”
 Mesuwe
 Dingolwa
 Lenane-thuto(curriculum)
 Mokgwa-ngolo
(orthography)
Mesuwe
Selemog sa 1997, mmuso o ile
wa nka qeto ya ho kwala dikolo
tsa thupello ya mesuwe Aforika
Borwa, ha mmoho le ho kwala
mafapha a mangata diunibesithing a puo tsa Rantsho. Lebaka leholo e bile hore ho thwe
naha e hloka dithuto tsa dipalo
le mahlale ho feta puo. Ka tsela
ena, boholo ba mesuwe ya
maleme a rona e ile ya lefuwa
hore e tlohele mosebetsi.
Kajeno lena ka mora dilemo tse
leshome le metso e mehlano,
naha e shebane ke koduwa
moo ho hlokahalang mesuwe e
rutang maleme a Rantsho! Ho
feta mona, ona mmuso ona ke
ona o reng ngwana ha a ka teba
puong ya lapeng, o lokela ho
ntshetswa pele sehlopheng se
latelang! Na see se hlalosa hore
ke boiphihlelo bofe ba puo boo
bana baa ba nang le bona? Na o
teng motho ya kileng a fetiswa
sehlopheng empa a fumane
matshwao a lower grade puong
ya lapeng?
Ana re tla fumana lenane-thuto le letjha isaho bakeng sa ho phethahatsa morero o? Kapa na re tswela pele ka Sesotho se ntseng se
rutwa kajeno le dikolong tsa rona? E bang re tswela pele ka seo re se
rutang, ke maswabi hore morero ona o tla re sita. Ana ke Basotho
bafe bao re ba suwang bao e reng ha motho a qeta ho phetha sehlopha sa leshome e ba o sitwa ke ho bua Sesotho se tsepameng? Athe
na ho ba Mosotho ha ho bolele hore o lokela ho bala Sesotho ka
nepo? Na bana baa ba kgona ho ngola Sesotho?
Na ha se ona mmuso oo o reng
sekgowa se bohlokwa ho feta
puo tsa Rantsho? Mme sena se
bonahala ka mofuta wa thuto
oo bana ba o fumanang dikolong? Na mesuwe ya rona dikolong e sa ruta puo e nepahetseng? E mekae mesuwe ya Sesotho kajeno lena e tsebang
dinaledi ka Sesotho? E me kae
mesuwe ya Sesotho kajeno lena
e rutang bana dilotho, ditshomo le maele a Basotho?
Basotho, a ke re bokelleng bana ba rona ba badileng Sesotho dikolong morao tjena, mme re botseng dipotso tse kang tsena:
 Na ba ya di tseba dikapolelo?
 Na ba a tseba maele?
 Na ba tseba dipapadi tsa Basotho?
E le hore na tsebo ya Sesotho
ha se tlhoko e ka sehloohong
mesuweng ya rona?
 Na ba tseba mekgwa le meetlo ya Basotho?
 Na ba tseba dithoko le dithotokiso?
Dingolwa
 Na ba tseba bonono, botaki, mmino le makgabane a Basotho?
Potso ya ka ke hore ana jwalo
ka ha dingolwa tsa Sesotho ho
le thata hore di phatlalatswe
matsatsing ana, ke dife dingolwa tseo re tlang ho di sebedisa ho ruta bana ba rona?
Basotho, ha ho na Sesotho se fetang ho tseba mekgwa, ditlwaelo le
meetlo ya Basotho! Athe Sesotho seo re se rutang bana ke sefe se sa
bueng ka Basotho le Bosotho ba bona? Na ho teng mohlolo wa hore
motho a ka ithuta puo ya hae ka leleme la motho e mong?
Ka bomadimabe ke manyampetla a etsahalang a hore diunibesithing
Basotho ba lokela ho ithuta Sesotho ka sekgowa. Ana ho teng
mohlolo o jwalo? Hobaneng Mosotho a keke a ithuta Sesotho ka
Sesotho? Na motho ya baling Sesotho ka Sekgowa o bala Sesotho
kapa Sekgowa? Ena ntlha ke lokela ho e toboketsa. Ha ho na mohla
Sesotho se ka rutwang ka puo e nngwe ntle le Sesotho ka bosona.
Ke phetho ke tu!
Ha re boele re amahanya sena
le morero wa hore ha bana
bana ba phethela dithuto tsa
bona, ba lokela ho ba le diunibesithi moo teng ba tlang ho
bala ka maleme ana ho
ntshetsa dithuto tsa bona pele.
Na re se re tswile letsholo la ho
qalella re netefatsa hore re na
le dingolwa tse loketseng
morero o?
Na ho wa kgoneha hore dihlooho tsa mafapha a thuto ya Sesotho e
be batho bao e seng Basotho baheso? Ha ke tsebe wena, feela nna
ha ke eso ka ke teana le lekgowa le buang Sesotho ho feta nna! Feela
ho tla jwang hore e be dihlooho tsa Sesotho? Sesotho sefe? Seo ba
se tsebellang kae? Ke Sesotho sefe seo re se rutang diunibesithing
tsa rona? Na se nepahetse? Na se hlwekile? Taba ya bohlweki re tla
etshohla kgatisong e latelang.
5
Dingolwa tsa Sesotho
TSEBA DITHO
TSA
QOQA SESOTHO
TJHADIMEHO
Menyetla ka puo ya Sesotho
Mona re tla tlotla ditho tsa
QOQA Sesotho tse bapalang
karolo e kgolo ho ntshetsa pele
morero wa rona wa ntshetso
pele ya Sesotho pele.
Bangodi
ha mmoho le dingolwa tsa bona.
Feela e re ka ha ena ke kgatiso
ya pele ya phatlalatso ena, re
tla bua hanyane ka hore na
QOQA Sesotho ke eng.
QOQA Sesotho ke sehlopha se
thehilweng ho facebook ho
hohela Basotho le hona ho fana
ka sebaka moo tsohle tse
amanang le Sesotho le Basotho
di ka tshohlwang teng. Se
bohlokwa ka ho fetisa ka sehlopha sena ke hore ho sebediswa
puo ya Sesotho nthong tsohle.
Sehlopha ha jwale se na le
ditho tse makgolo a mararo
leshome a mabedi(320),
tsatsing lena la 03 Pherekgong
2013.
Re motlotlo ka boteng ba sehlopha sena hobane se kgonne ho
teanya Basotho kgutlo tsohle
tsa Aforika Borwa le Lesotho.
Se kgahlang ke mofuta wa
meqoqo e bang teng sehlopheng, ha mmoho le thuto eo
ditho di ikunelang yona ka ho
ba karolo ya sehlopha sena.
Mmino wa Sesotho o feela o ikgethile mme e ka Basotho ba ya o
thahasella haholo.
Basotho ba itshupile ka mmino oo
kajeno lena o bitswang ditsamaya
naha.
“NTSHETSOPELE YA SETJHABA E ITSHETLEHILE HO BANGODI LE BOQAPI.”
1.
Karolo ena e bapatsa le hona ho
kgaba ka bangodi ba Sesotho ba
mehleng ena.
Ke moo re tsebisang Basotho ka
baetapele bana mme re lekang ho
kgotaletsa ho rekwa ha dingolwa
tsa Sesotho.
Phatlalatsong ena ya sethatho ya
QOQA Sesotho, mongodi wa pele
ho sekwasekwa ke ntate Fezekile
Futhwa; yena mothethi wa lesedinyana lena, mothehi wa QOQA Sesotho e bile e le yena mothehi wa
Nalane.
Futhwa ke mongodi e bile ke seroki. O ngodile dibuka tsena tse
latelang:
1.
Diboko tsa Basotho
2.
Bafokeng
3.
Setho: Afrikan Thought &
Belief System
Ho na le lenane la dibuka tseo a di
ngodileng feela di sa ka tsa phalatswa ka mokgwa kgatiso, mme
tsona ke:
Monya Matsete (dithotokiso)
2.
Rebirth (dithotokiso)
3.
Rhythm and Soul (dithotokiso)
4.
Untold Stories (dithotokiso)
5.
Thoughts of a Black Child
(meqoqo)
6.
Passion and Death (pale)
O bile o phatlaladitse dingolwa tse
mmalwa tse bontshang botle ba
dibaka tse kang Qwaqwa, Thaba
Kgubedu(Golden Gate) le The Seychelles.
Jwalo ka ha o iponela setshwantshong sena, e mong o bapala serumula se iketseditsweng ka lekopokopo la oli.
Mmino wa bona o feela o
hlaboseha e le ruri. E bang o ka
iphumana o le motseng Malealea
kapa Malealea Lodge(le dibakeng
tse mabapi), ikgodise ka mmino wa
bona.
Ho ya kgahlisa ke hona ho bona
batjha ba ikakgetse ka setotswana
mminong.
“Sello sa ka se seholo ke ho bona
Basotho ba hloka thahasello ya
Sesotho le botjhaba ba bona.
Ke ile ka kgahlwa ke sehlopha sa
bashemane mane Malealea ho la
Lesotho se ipitsang Malealea Band.
Ba kgahlwa ke sohle se tlang le
merabe e meng, empa bona ba
kgesa Bosotho ba bona. Sena se
tlisitse tlokotsi ya hore kajeno lena
Basotho ba sitwa ke ho bua puo ya
Sesotho e hlwekileng kapa hona ho
bala Sesotho.
Bomadimabe ba dibini tsa rona
feela ke hore ha ke kgone ho phela
ka mmino ka mmino wa bona hobane Basotho ha ba reke mmino
ona le ha ba o rata tjena. Se etsahalang ke hore batho ba kopitsa
mmino wa bona diyalemoyeng
kapa ho tswa ho batho ba nang le
matlapa ana.
Malealea Band ke sehlopha se
ditho di robong se bapalang mmino
wa Sesotho ka diletswa tseo ba
iketseditseng tsona ka disebediswa
tsa hae.
Na bokamoso ba Basotho ke bofe
tlasa maemo aa?”
RE TLOTLA BAHALE—AZARIEL SEKESE
Ntate Sekese o itshupile haholo ka
bokgoni ba hae ba ho ngola ka
mekgwa le meetlo ya Basotho.
Dingolwa tsa hae ke tsa sethato tse
tlotlang bokgabane ba Basotho.
Dibuka tsa hae tse pedi di mothating wa ho phatlalatswa e leng
Nalane ya Mosotho le Modula
Qhowa.
O ngodile ka mekgwa le ditlwaelo,
maele, dithoko le dithotokiso tsa
Sesotho.
Ntate Futhwa ke motho ya holetseng Qwaqwa motseng wa Bolata,
mme ke mora wa mme Nofaene
Mathulo Khitsane le ntate Zenzile
Futhwa. Ke ngwana wa bone
baneng ba robileng meno e mmedi
lapeng labo.
Mesebetsi ya hae e kgabane e kenyelletsa:
Ka mosebetsi teng o sebetsa e le
software developer e ikemetseng
fatsheng la Kgauteng.
Ntate Azariel Sekese of phetse dilemong 1849-1928. E ne e le moahi
wa naha ya Lesotho.
O dumela hore Sesotho le Basotho
di ka hola ho fihlela boemo bo
tshwanang le ba dipuo tsa ditjhaba
tse ding ha feela Basotho ba eme
ka maoto.
O tsejwa haholo ka mosebetsi wa
hae o kgabane lesedinyaneng la
pele la Sesotho le bitswang Lesedinyana la Lesotho, le thehilweng ka
kgwedi ya Phupjane 1890.
6

Lesedinyana la Lesotho

Mekgwa le Maele a Basotho

Mekhoa ea Basotho
QOQA Sesotho e mo tlotla ka ho ba
mongodi wa pele wa ho ngola ka
bokgabane ka bophelo ba Basotho.
O thola kgau ke hona ho tswa ho
QOQA Sesotho.
Letsatsi la Moshoeshoe
Monongwaha mokoloko wa ho
keteka letsatsi la Morena
Moshoeshoe o tla tloha Maseru
ka la 08 Hlakubele.
Leeto ke la matsatsi a mararo
ho tloha Menkhoaneng ho ya
finyella Thaba Bosiu.
Ditjeho tsa leeto ke M600/R600
mme ba nang le kgahleho ba ka
ikgokahanya le ntate Maretlane
ho:
Tel: +266 22314646/62861361
+266 58866304
Fax: +266 22 314 646
[email protected]
Ka tsela ena dibini tsa rona di hula
ka thata le ha kwana di bapala
mmino o monate ha kaana.
Thapedi ya ka ke hore Basotho ba
tshehetsane ka ho reka mmino ho
ena le hore ba o kope.
Mampodi wa QOQA Sesotho
Thebe Mokoatle
Mohlophisi o
thonya ntate Thebe
Mokoatle e le yena mampodi
wa Qoqa Sesotho kgatisong
ena.
Ntate Mokoatle o bontshitshe
thahasello e kgolo sehlopheng
mme a nka karolo ka ho araba
dipotso tse botswang.. O bile o
bontshitse kgahleho dingolweng tsa Sesotho.
Tshebediso ya Matekwane
Re mekgolotjhane
Mmuso wa Lesotho o lohotha ho beha tshebediso ya matekwane molaong.
Dithoko
Motlalekgotso Ponya
Ha re etsa welewelele
Sila kwae re yo tsuba thabeng
Re yo tswala mosweu a lehaha.
Qwaqwa Ke Nna Eo!
Basotho utlwang jwale ke sa le lotha.
Ntloheleng nna ke menahaneng le mehlala
“HLABANG TSE TSHWEU LE TLE LE BONE HA MEDIMO E THABA.”
Tjhe ha ke le lothe ke sa iphafa ke bapala
ka mantswe ke atisa moqoqo. Ha ke
iphafe ke sa ithoka, ha ke ithoke ke sa
hopotsa molomo ditaba. Banna ho bua
botsho botala e mona wa ka Tsopia, Tsolobeng motseng wa ditletle. Ke botsho
botala mmala wa dibiri, le hara dibiri ke a
kgetha. Heineken ke jwala bo mona ba
mahipi, mathe a kgupi ke stoutu jwala bo monyama. Ke motho e
motsho lehoko la hlaha tsa mariha, nna botsho ba ka ke moriana,
ke lesooko ke phekola sefuba. Le hoja ke le mobe ke le sephokwana, sephoko sa ka ke moriti ke kgatholla batsamai. Fahlehong
sa ka pula ha e nele banna e na ka hona ho phutlela. Ho bua bosesanyane ba kgwele ho kgaoha, tjhe bokgutshwanyane ba tla ba
nkgola e reng ke qhosha natla di halale. Banna nka bua ntheketheke tsatsi la hlabula ho dikela, tsatsi le ka dikella mekutla naheng. Ke bua ka banna ba shweletsweng ke dipere tseleng ba eta.
Nka bua ka hlephisa dilomo bonang Madihlokola ke eo e ritsa, ya
ritsa mafika a hata badisa. Nka bua tlamatlama tsa bajwa hara
hlabula, nka tsosa bafu ba ithobaletse le re ke ba feng bafu ba
Modimo. Tjhe bokgeleke ntho e bohloko ha kalo batho ra ikomeletsa ya ka hoja re tla patalwa. P
Ntidi o bitswa Lebabalasi
Ho thwe a yo thusa dikgarejana
Ntswaketsane a ntola Ntidi
Nka ikgohla ka Ntidi ka kuka
Hlabang tse tshweu, le nee medimo
Modimo ako re utlwe re a rapela
Le tle le bone ha medimo e thaba
Mmakane! ho ilwe kae?
Ha medimo e thabela dikgarebe
Ho sa keng ho kgutlwa re tla bonwa?
Ntidi wa lona basadi ke ofe?
Bonkgono ba llela matlala
Kapa ba a bona jwang ba shwele?
Ntidi o a bitswa, o a llelwa
Ngwana seho o letse a mpadisa meloko
Ba a bona ka paka tsa mabitla
Meloko ya habo ke e tseba kang?
Beng ba dikgomo ba ntse ba lela
Ke tseba ya heso, le eso moholo.
Ba re tsa bona di a tswalla neng tsona
Ntidi o a bitswa le Makhoakhoeng
Di tswala, di ata, di ntshetsa marole
pele.
Le Makhoakhoeng di teng dikgarejana
atala re ka ithola jwang e hlotse banna ba e roballa naheng phaka
di le mafome ke peke le fotjholo tsa ka makgoweng.
Ha re etsa welewelele,
Lephuthing a ko busetse ditaola mokotleng hoba o laotse, tsirrrrrr
kgekgenene
Modimo ako re utlwe, re a rapela.
Ke totobe ke therekeselle naheng ya Basotho
Borwa bo Botjhaba Tsatsi
Hona teng malwanlahleng a dithaba tsa Maluti
Thaba tsa Luting botle bo hlollang
Di kgabile ka bosweu ba lehlwa, serame
Hona teng habo mohatsela
Ke tle ke hatsele ho re ke qhaqhasele
Meno ona ke a otlanye sa Ntjheme
Ntjheme a qhaqhasella pele
E le ha a disa makgomo ka bo Tsoku
Tsoku ka mmala wa ona o Thokwa
Kgomo tseso ka mebalabala
Di anehilwe sebaeng sa Mekgahla
Kojwana tsa bashemane ba le thabeng
Teng ba ilo rutwa kooma, tsebo ya banna ba inotshi
Qwaqwa nkutlwe hle lehae la ka
Pelong ho nna ho runya ntho e se ka ka letho
Tlholohelo sa ngwana ho mmae
E le ya ka tlholohelo
Ka lala le ngwana seho, ka hatsela
Ngwana seho ha a na molongwana
LESEDI, KGANYA.
Ka Fezekile Futhwa
Ke re ka bua le yena, ha a bue!
Feta o phokole, nna ke kgathetse.
7

Similar documents

QOQA Sesotho - nalane ya Mosotho

QOQA Sesotho - nalane ya Mosotho E se ka ho ya pele re ka iphumana re phethahatsa tsena tsohle mme re hodisa puo ya Sesotho. Ka ho etsa jwalo, re tla be re jala peo e tlang ho hodisa setjhaba sa Basotho. Ke swaba ka mehla ha ke hl...

More information

Ka moo o ka itshireletsang wena le ba bang ho HIV Ka

Ka moo o ka itshireletsang wena le ba bang ho HIV Ka hao. ETSA DITEKO mme o tsebe boemo ba hao le ba molekane wa hao ka ho bua ka HIV le ho etsa diteko tsa yona kgafetsa. O lokela ho tseba boemo ba hao e le hore o tle o hlokomele bophelo ba hao hape ...

More information

Dipehelo tsa Therisano

Dipehelo tsa Therisano tse Nyane tse lekantsweng mme se sebetsang ka tjhebisiso ya tshebetso – kapa bo etsang sehlopha sa tshebetso bo ka thonngwa ho tswa sektareng ya Kgwebo e Seng ya Semmuso. Sehlopha se jwalo e tla ba...

More information

Sesotho - Department of Basic Education

Sesotho - Department of Basic Education • Ditokelo tsa botho, kenyelletso ya bohle, toka ho tsa phedisano le tikoloho, ho kenyelletsa metheo le ditshebetso tsa toka ho tsa phedisano le tikoloho le ditokelo tsa botho jwalo ka ha di hlaki...

More information