sesotho - nalane ya Mosotho

Comments

Transcription

sesotho - nalane ya Mosotho
1
PATLAMANTSOE
YA
SESOTHO YA MACHABA
KA M.
CHITJA
SESOTHO
INTERNATIONAL
DICTIONARY
BY M. CHITJA
1
2
HO TSOA HO MONGODI
Ho nkukile dilemo tse mashome a mabedi ho bokeletsa mantsoe a Sesotho a
ngotsoeng bukeng ena (1985 ho isa 2006). Ka mora „lemo tseo, ke hlokometse hore
70% ya mantsoe a mang ke a sile. Hona kapa sena se etsa hore ho duloe fatshe ke
bangodi ba Sesotho hore a kenyeletsoe. Mme seo se batla maikemisetso a maholo le
dithuso le ditshehetso tsa tonana ho tswa ho lefapha la Arts and culture.
Ho thola moelelo wa mantsoe a mang, dipatlisiso di entsoe ka ho botsa Basotho ba
fetang bohlano, dibakeng tse fapaneng tsa naha ya Afrika Borwa le Lesotho. Ho
tholahetse hore meelelo e ka fapana ho ya ka dibaka. Mohlala: lentsoe tebuka le ka
bolela seseng Lesotho, ha Qwaqwa kapa Foreisetata (Free State) kapa Gauteng e
hlalosoa ka tsela enngwe.
Lebakabaka la ho batla kapa ho batlisisa mantsoe a Sesotho le ho a ngola ke hore
ekare babang ba Basotho ba tshaba Sesotho: ho se bua kapa ho se ngola. Babang ba
nahana hore ha ho letho leo kapa seo Sesotho se ka ba etsetsang sona; babang ba tlasa
khatello ya dipuo tsa dichaba tse ding; babang ha ba se tsebe; babang ke mawatla a
nahanang hore puo tse ding di bohlokoa hofeta tsa bona (inferiority complex); babang
ba kene kapa ba kena dikolo tse hlokang Sesotho; babang ha ba tsebe ho ngola
mantsoe ka tsela e nepahetseng mme ba koekoetla Sesotho. Babang ba ngola puo ya
Sesotho ka tsela eo ba e ratang, ho sa natsoe hore lentsoe leo ba le ngolang le
nepahetse kapa che. Babang ba kopanya mantsoe a sa kopanyoeng, le a kopanyoang
ba a arola ka lebaka la ho se tsebe kapa ka lebaka la ho hloka buka e hlalosang
nepahalo ya mantsoe a Sesotho.
Bonneteng ke hore kajeno nka o hlapanyetsa hore ha ho motho ya ka tsebang setho,
moetlo kapa puo tsa dichaba tse ding ka botlalo a sa tsebe puo ya habo, moetlo kapa
mekgwa le ditlwaelo tsa habo!!! (You will never excel in any language, culture,
tradition or custom if you do not know your language, culture, tradition and
custom!!).
Millenium eo re leng ho yona e batla diqhenqha, dikokonono, dihanyatha le
difonthoane tsa sebopeho puo ya Sesotho e le hore o phomelle.
MADIELA CHITJA
20060725
[email protected]
[email protected]
[email protected]
2
3
PATLAMANTSOE YA SESOTHO YA MACHABA
(SESOTHO INTERNATIONAL DICTIONARY)
KETAPELE
Sesotho ke enngwe ya „puo tse kgolo ka ho fetisisa Afrika Borwa. Ke puo ya tse ding
tse nang le mantsoe a mangata ka ho fetisisa Afrika e ka Borwa. Hona ha ho makatse
hobane bongata ba Basotho ba mahareng a Afrika Borwa (Lesotho, Free State,
Qwaqwa, le dikarolong tse ding tsa Northen Cape). Hofeta moo, o fumana Basotho
dibakeng tse tshoanang le Kwa-Zulu; bao Sesotho sa bona se itshetlehileng ho SeZulu
joalo ka ba ha Molefe le ba ha Moloi. O fumana Basotho ba mabapi kapa ba phelang
Eastern Cape joalo ka boMatatiele; bao Sesotho sa bona se itshetlehileng ho SeQhotsa
(Xhosa). O fumana Basotho Limpopo province, Mpumalanga provice, North West
province bao Sesotho sa bona se itshetlehileng dibakeng tseo. Historing, re utloa ka
bo-Sebetoane ba ileng ba tsamaya dibakeng tse tshoanang le bo-Zambia le boZimbabwe mme ba amarela puo ya bona bakeng tseno. Ke ka hoo re fumanang
diphororo tse kgolo ka ho fetisisa Afrika tse nang le lebitso la Sesotho joalo ka Mosiwa-thunya (Victoria falls).
Ha ho makatse ha Sesotho se nonne hakanakana!! Dipuo tse ding tse buang Sesotho
(sotho speaking nations) joalo ka Basotho ba Leboa (Bapedi) le Batswana bana le
mantsoe amang ao ba sa a sebediseng joalo ka “Q” ha ka hlakoreng leleng Basotho ba
na le mantsoe a qalang le a sebedisang “Q” hofeta puo efe kapa efe Afrika e ka borwa
(ebang o na le kgwao ka sena bala patlamantsoe ya Sesotho mme o shebe mantsoe a
sebedisang kapa a qalang ka tlhaku “Q”). Hape, Sesotho se sehlale (scientific) ka baka
la hore a mang a mantsoe a sona a kadimiloe puo tse ding joalo ka “setulo, lolololo,
melodi, joalo joalo”.
Basotho ha ba sebedise 50% ya mantsoe a bona ka mabaka a mangatanyana a
fapaneng: amang a mantsoe a sona ha a ngoloa; amang ha a rutoe; amang ho nahanoa
hore ha se Sesotho kapa lentsoe/lebitso le itseng ha le eo ka Sesotho; leleng la mabaka
ke hore bangodi ba Sesotho ba banyane hofeta puo ya bona; babang ba tshaba puo ya
bona; leleng ke hore ho na le batho ba iqapelang mantsoe a Sesotho neng kapa neng
ebe ba a sebedise joalo ka Sesotho empa ho se mantsoe a joalo puong ya Sesotho; la
ho qetela, babang ba babatlisisi ba puo ya Sesotho (lexicons) kapa baqapi ba ngolo ya
Sesotho ha se Basotho. Mona ho ka qolloa Mafora joalo ka bo-Thomas Abbousett,
Eugene Cassalis le ba bang ba fihlileng ka mora 1833. Kahoo, ho tloha hona joale,
mmadi o tla fumana mantsoe a mangatahadi a sokang aa utloa kapa ho a bona-- kapa
mantsoe ao a sa tsebeng tlhaloso ya ona empa a le teng. Amang a mantsoe a sebedisoa
dibakeng tse fapaneng tsa Afrika Borwa tseo ho fumanoang Basotho teng tse sa tsoa
boleloa.
Hobaneng PATLAMANTSOE YA MACHABA YA SESOTHO? Hobane ha ho
buuwa ka machaba re bua ka se kopanyang Sesotho sa Lesotho mmoho le sa Afrika
Borwa. Ho bolelang hore mongolo o sebedisoang mona o kopantse wa naha tsena tse
pedi. Sena se bolela hore ha ho latelloe tokafalo ya Sesotho sa naha tsena tse pedi,
empa sepheo ke ho hlalosa mantsoe a puo ena ho ya ka dipatlisiso. Seseng sa dipheo
3
4
sa patlamantsoe ena etla ba ho bokella mefuta yohle kpa karolo ya ditshoantsho tsa
dinonyana, diphoofolo, dihahabi, dikokonyana, dimela, difate le tse ding ho ruta
ngwana Mosotho hore di shebahala jwang. Ha ho thuse letho ho hlalosa mantsoe a
mang ho sa kenyeletsoe le ditshoantsho tsa ona.
Tse ding tsa dibuka tse hloahloa tse matlafatsang Sesotho ke Maratha a dilepe
(Damane M); Dikoma (Guma S.M); Litshomo tsa Basotho (Jacottet E); Lithoko tsa
makoloane (Jankie H.E); Kgekge (Lenake J.M); Ditshomo tsa rona (Lenake J.M);
Liphoofolo, linonyana, litaola le lithoko tsa tsona (Mapetla J.); Ithute lilotho
(Moletsane I.R.M); Liparola thota (Moletsane I.R.M); Mmantilatilane (Moletsane
I.R.M); Ngaka ya Mosotho (Matlamelle M.P); Mekgwa le maele ya Basotho
(Sekese A); Mehla ya boholoholo (Tladi A.K); Mmampodi (Afrika Borwa) e
ngotsweng ke bangodi: B.T KHOALI, J.M. LENAKE, R.J.R. MASIEA, I.M.
MOEPHULI, C.F. SWANEPOEL. SEBOPEHO-PUO sa Sesotho (Lesotho Sesotho
Grammer). Diqatjwa tsa Basotho ka D.J.M Ngcangca, le tse ding tse ngata tse sa
bolelwang mona. PELE YA PELE BANA BESO!!!
Ditebo tse kgolo di lebisoa ho Mmamadiela Mmakoete Chitja ya tsebileng ho
hlalosa mantsoe amang a sekgalekgale; Ruth Chitja; Diako Chitja; Tsoarelo
Chitja; Basotho bao ba neng ba botsoa emeng ya meelelo ya mantsoe; mmoho le
Lesedi FM. Hofeta bohle, re leboha Ramasedi ka ho etsa hore morero wa buka ena o
phethalale.
4
5
TEMOSO LE TSHEBEDISO
Hore o tsebe ho sebedisa Patlamantsoe ya Sesotho, o tlameha hore o tsebe tshebediso
ya didumi (vowels) ho ya ka Sesotho. Didumi tse tsebahalang lefatshe ka bophara ke:
“a” “e” “i” “o” “u” (A-E-I-O-U). Tsona di bitsoa joalo ka ha di ngotsoe, ntle le “O”
eo ka Sesotho enang le medumo e meraro. Mohlala: lentsoe “seboko” le na le meelelo
e meraro e sa boleleng ntho e le nngwe empa le ngoloa ka ho tshoana. 1. Seboko sa
phoofotsoana (worm) 2. Seboko sa lebitso (surname) le 3. Seboko sa ho lla (crying,
yell). Joale mohlala wa lesakana le ka tlase mona le tla o bontsha pitsetso ya lentsoe
seboko.
Lentsoe
Pitsetso
English
Tlhaloso
Seboko
Se-bu-ku
Worm
Modumo o tibile.
Seboko
Se-baw-kaw
Surname
Modumo o tlase.
Seboko
Se-bo-ko
Yelling, a cry
Modumo o mahareng.
“O” e tlwaelehileng = O (jwalo ka ohle, tsohle)
“O” ya modumo o tlase = aw (jwalo ka kokonono, konokono)
“O” ya modumo o phahameng = U (jwalo ka maponapona, mohetene)
Bangodi ba bang ba sebedisa matshoaho kapa difonotiki ho bontsha mofuta wa “O”,
empa motho ya batlang ho tseba Sesotho ntle le matshoao ao, ho thata ho ena ho thola
phapang haholo ebang a ithuta Sesotho kapa a batla moelelo wa Sesotho ka
Patlamantsoe kgetlo la pele.
Sedumi “e” le sona se na le pitsetso tse pedi: mohlala, lentsoe “pele” modumo wa
lona o hodimo (pi-li) ha lentsoe “pene” modumo wa lona o tloaelehile. Sheba mehlala
e ka tlase mona:
Lentsoe
Pele
Pene
Sepelete
Senyesemane
Pitsetso
Pi-le
Pe-ne
Si-pe-le-te
Sen-yi-si-ma-ni
English
First
pen
Pin
English
Tlhaloso
Modumo o phahame
Modumo o tlwaelehileng
Medumo e ya fapana
Medumo ya “E” e ya fapana
“E” ya modumo o hodimo= I (jwalo ka pele /pi-li/)
“E” ya modumo o tlwaelehileng= E (jwalo ka pedi /pe-di/)
Ho tla ba bonolo ha o utloisisa hore didumi tsena tse pedi, “O” le “E” ha di tshoane,
mme seo se tla bebofaletsa motho ya batlang ho tseba Sesotho, kae kapa kae neng
kapa neng .
MATSHOAO LE DIKGUTSUFATSO TSA PATLAMANTSOE
()
(//)
Masakana (brackets) ao bokahare ba ona a bontshang peleto (pronounciation)
ya lentsoe ka leng.
Masakana le metoa (slash) e mmedi e bontsha hore peleto e tshoana le e
kahodimo kapa eseng e hlalositsoe.
5
6
//
Bap.
Mohl.
Bon.
L.
Lts.
Les.
Leb.
JJ.
Bok.
Tlh.
Tem.
mm.
Mael.
Sheb.
??
Metoa e emeng e le meng: e bolela hore lentsoe le hlalosoang ha le na
sekgowa kapa ha le hlalosehe hantle ka puo ya senyesemane.
Kgutsufatso ya bapisa le. (compare).
Kgutsofatso ya mohlala. (example).
Kgutsufatso ya bongata. (plural).
Kgutsufatso ya lereho kapa lebitso (noun).
Kgutsufatso ya leetsi (verb).
Kgutsufatso ya lesupa/lesupi (demonstrative pronoun.
Kgutsufatso ya lebotsa/Lebotsi (interrogative pronoun).
Kgutsufatso ya jwalo jwalo (etc).
Kgutsufatso ya bokgale (past tense).
Kgutsufatso ya tlhokomediso e hlokomedisang. (notice).
Kgutsufatso ya temoso e hlokomedisang ka botebo. (notice).
Mantsoe mabapi (related words). Kgutsufatso ena ha e bolele hore lentsoe leo
ho fanoang ka lona le tlameha ho hlalosoa, empa le bolela tsela le kgetho eo
lentsoe leo le ka ngoloang ka yona mmoho le mantsoe a bapelaneng le lona.
Kgutsufatso ya maele/maelana/ sekapuo (proverbs, idiom, figurative speech).
Kgutsufatso ya sheba. (look for).
Letshwao le bolelang hore tlhaloso ya lentsoe ha e kgotsofatse ka botlalo ho
ya ka dipatlisiso.
TLHOKOMEDISO:
Mmadi a ele hloko hore patlamantsoe ena e sebedisa Sesotho sa Lesotho mmoho le sa
Afrika Borwa ka ho ngoloa. Sena se bolela hore tsela eo lentsoe le ngotsoeng ka yona
le nepahetse: sepheo ke ho hlalosa feela. Kahoo o se ke wa ferekana. Sena se
etseditsoe ho kgotsofatsa emong le emong!! Jwalo ka ha sekgowa sa Amerika,
England le Australia se ka tholoa patlamantsoeng (bukantswe) e le nngwe. Ebang ha o
thole lentsoe ka Sesotho sa Lesotho, se batle ka sa Afrika Borwa. Ebang ha o thole ka
sa Afrika Borwa, se batle ka sa Lesotho.
Ebang o mosothohadi, netefatsa hore o lokisa diphoso eseng ho tshoaya diphoso
patlamantsoeng yena!! Hona ho tla yetsa hore re matlafatse puo ya rona. Ka sekgowa
re ka re: “if you are a real Mosotho, ensure that you correct mistakes, not to criticize
the dictionary!!
HOW TO FIND AN ENGLISH WORD IN SESOTHO BY COMPUTER (normal micro-soft
word except for adobe):
1. Press key ctrl F.
2. Type the alphaphet trice for the word you are looking for. (like aaa).
3. Type the word you are looking for and:
4. Press find next or enter until you get the word you are looking for.
TSELA YA HO FUMANA LENTSOE LA SEKGOWA KA SESOTHO: (ka tsela e tloaelehileng
ya mantsoe a khomphutha ntle le Adobe).
1. Tobetsa konopo ctrl le F.
2. Tlanya tlhaku ya lentsoe leo o le batlang hararo. (joalo ka aaa).
3. ngola lentsoe leo o le batlang ebe o:
4. Tobetsa letshwao “batla” kapa “kenya” hofihlela o thola lentsoe le batloang.
6
7
Aaa
PALE:
Tlhaku ya pele ya puo ya Sesotho. Yona e akga ka maetsi a mangata a semelo kapa a
tlhaho. Ha e le mareo/mabitso, ho tletse a melata jwalo ka: apole, api, abuti, jwalo
jwalo. Karolo ya maetsi a qalang ka tlhaku ena a fetohela ho tlhaku ya “K” ha eba
mareho kapa mabitso. Mohlala: aba=kabo, abelana=kabelano, aha=kaho,
ahlamisa=kahlamiso, ahlola=kahlolo, akaretsa=kakaretso, atleha=katleho, jj.
A (a) /ei/
A (a) /these/ Lesupa kapa lentsoe le bontshang bongata ba dintho tse haufunyane.
A (a) /he or she in the past tense/ Seemedi se mothofatsang; lentsoe le sebedisoang
bakeng sa motho ka ho bontsha seo a se etsang nako e fetileng. Mohl. A tsamaya le
batho ba bangata. A kgutla a le mong. (bap. O).
A (a) /of/ Bongata ba “tsa”. Mohl. Ke batla a hao eseng tsa bona.
Aa (a-a) /that is, those that/ Mohl. Mmadi o tla fumana mantsoe a mangatahadi a
sokang aa utloa bukeng ena. Re bua ka aa bonang feela.
Aba (a-ba) /share/ Ho fa ka ho lekana. Ho arolela ka ho lekana.
Abela (abe-la) /share for/ Ketsetso ya ho aba. Ho fa karolo; ho fana ka ho arola.
Abelana (abe-la-na) /share amongst/ Ho arola ka bongata. Ketsetsano ya ho aba: ho
fa emong mme le yena a fe ya mo fileng.
Abelanang (abe-la-na-ng) /to share amongst/ Taelo ya ho aba ka ho etsetsana. (mm.
Abetse, abelaka, kabelano, kabelo, abeloa).
Abeloa (a-be-lwa) Boetsuwa ba ho abela. Mael. Ngoana moshanyana ke kabeloa
manong: motho e motona o lokeloa ke ho fuwa mathata ohle le ha ho sa kgonahale.
Abetse (a-be-tse) // Bokgale ba ho abela.
Abetsoe (a-be-tswe) // Bokgale le boetsuwa ba ho abela.
Abile (a-bi-le) /shared/ Bokgale ba ho aba. Tem. Mantsoe “abile” mmoho le “ebile”
a na le phapang e kgolo ka meelelo.
Abjoa (ab-jwa) /shared/ Boetsuwa ba ho aba.
Abuti (a-bu-ti) /brother/ Ngoaneso e motona eo ke mo hlahlamang. Moholoane
waka. /bon. boabuti/ (bap. moholoane, ngoaneso).
Acha (a-cha) /atchaar/ Sejo sa Maindia e entsoeng ka manko le metsoako emeng e
babang ya dinoko. /bon. diacha/.
Ache (a-chi) /exclamation: oh no!/ Lekgotsa le bontshang ho teneha.
Acheke (a-chi-ki) /exclamation: oh no!/ Lekgotsa le bontshang ho teneha ka ho
toboketsa haholo.
Adima (a-di-ma) /borrow/ Ho fa ka sepheo sa ho kgutlisetsoa ka mora nakoana; ho
neha motho seo a se hlokang nakoana. (bap. kadima). Mael. Ho adima ditsebe: ho
kopa ho mameloa.
Adimela (a-di-me-la) // Ketsetso ya ho adima.
Adimile (a-di-mi-le) /borrowed/ Bokgale ba ho adima.
Adingoa (a-di-ng-wa) /lent/ Boetsuwa ba ho adima. (mm. Adingwa).
Adinngoe (a-din-ng-we) // Bokgale ba ho adingoa.
Adisa (a-di-sa) // Ketsiso ya ho ala.
Aena (a-i-na) /to iron/ Ho otlolla seaparo ka aene. Ho sebedisa tshepe e chesang kapa
e futhumetseng hodima seaparo ka sepheo sa ho e otlolla. Tlh. Lentsoe lena, “aene”
ke sothofatso ya lentsoe la senyesemane, “iron”.
7
8
Aene (a-e-ne) /iron/ Tshepe e boima e futhumaditsoeng, e sebedisoang ho otlolla
diaparo; tshepe e etsang hore diaparo di otlolohe ha e pikitloa kapa e tsamaisoa
hodima tsona. /bon. Diaene/.
Aenile (a-e-ni-le) /ironed/ Bokgale ba ho aena.
Aenoa (a-i-nwa) /ironed/ Boetsuwa ba ho aena.
Aennoe (a-in-nwe) /ironed/ Boetsuwa le bokgale ba ho aena.
Afakato (afa-ka-to) /avocado/ Mofuta wa tholona e letlaloana le letalahadi kapa le
botala bo botsho, eo bokahare ba yona bo jewang, ebile e na le thotse e kgolohadi
kahare. /bon. diafakato/ (sheb. Ditholona).
Aha (a-ha) /build/ Ho etsa moaho. Ho bopa ntho kapa motho hore a be le sebopeho;
ho etsa hore ntho kapa motho a be le sebopeho se batloang. Ho atisa kelello. Mael.
Ho aha ka tshiba tsa emong: ho sebedisa bohlale, leano, leqheka kapa kakanyo ya
motho emong ho phethahatsa morero wa hao. Mael. Ho aha serobe phiri e se e jele:
ho etsa ketso e itseng nako e se e tsamaile ebile ho se ho senyehile. Ho elelloa boemo
bo itseng ba bohlokoa ho se ho se na thuso. Ho elelloa kgale. Mael. Mohaha morithi
ha a o dule: ya etsang botle o lokisetsa babang. (mm. ahela, ahile, ahelana, kahelo,
kahisano, moaho).
Ahile (a-hi-le) /built/ Bokgale ba ho aha.
Ahiloe (a-hi-lwe) /built/ Boetsuwa le bokgale ba ho aha.
Ahisana (a-hi-sa-na) /to leave together, coexist/ Ho phela mmoho. Ho ba moahisane.
Ahisane (a-hi-sa-ne) // Bokgale ba ho ahisana.
Ahlama (a-hla-ma) /gape/ Ho bula molomo. Ho bula lehano. (bap. edimola).
Ahlame (a-hla-me) // E butseng molomo kapa lehano.
Ahlamela (a-hla-me-la) /gape for/ Ketsetso ya ho ahlama.
Ahlameloa (a-hla-me-lwa) // Boetsuwa ba ho ahlamela.
Ahlamisa (a-hla-mi-sa) // Ketsiso ya ho ahlama. Ho etsa hore motho a ahlame.
Ahlamisitse (a-hla-mi-si-tse) // Bokgale ba ho ahlamisa.
Ahlamisoa (a-hla-mi-swa) // Boetsuwa ba ho ahlama.
Ahlola (a-hlu-la) /judge, adjudicate/ Ho fana ka kahlolo. Ho thola molato.
Ahlolaka (a-hlu-la-ka) // Phetako ya ho ahlola: ho ahlola ka makgetlo a mangata.
Ahlolela (a-hlu-le-la) /to sentence/ Ketsetso ya ho ahlola. Ho isa kahlolong.
Ahloleloa (a-hlu-le-lwa) /sentenced/ Boetsuwa ba ho ahlola.
Ahloloa (a-hlu-lwa) Boetsuwa ba ho ahlola. (mm. Ahlolela, ahlotse, ahlotsoe,
ahlolela, ahlolaka, ikahlola, kahlolo, kahlolelo, boikahlolo).
Ahlotse (a-hlu-tse) /judged/ Bokgale ba ho ahlola.
Ahlotsoe (a-hluts-we) // Bokgale le boetsuwa ba ho ahlola.
Aka (a-ka) /kiss/ Ho thetsana ka puonama; ho thetsana ka dipounama ho bontsha
lerato; ho thetsana ka molomo ho bontsha tumediso; ho aka ka baka la lerato kapa
tumediso. Ho suna motho. Ho otla ka sefene. (bap. suna, meta).
Akana (a-ka-na) /kiss each other/ Ketsetsano ya ho aka: ho suna kapa ho aka emong
mme le yena a ake ya mo akang.
Akanya (a-kan-ya) /assume, presume, guess/ Ho lekanya ntle le ho tseba; ho bua
taba e hlokang botlalo kapa nnete; ho bua ntle le ho tseba ka botlalo. (bap. lekanya).
Akanyang (a-kan-ya-ng) // Ho nahana hoa batho ba bangata ntle le ho tseba.
Akanyoa (a-kan-wa) Boetsuwa ba ho akanya.
Akarelletsa (a-ka-rel-le-tsa) /to include/ Ho kenyeletsa ho sehlopha: ho kenya le
seseng se ka thoko.
Akarelletsoa (a-ka-rel-lets-wa) /included/ Boetsuwa ba ho akarelletsa.
8
9
Akaretsa (a-ka-re-tsa) /generalise/ Ho kgutsufatsa puo ka botlalo. Ho qetella taba ka
ho kenyeletsa mantsoe kapa dintho tse ding.
Akaretse (a-ka-re-tse) // Bokgale ba ho akaretsa.
Akaretsoa (a-ka-rets-wa) Boetsuwa ba ho akaretsa.
Ake (a-ke) /may she or he please/ Lentsoe le sebedisoang bakeng sa ho kopa.
Akere (a-ki-ri) /by the way, infact, matter of fact/ Ka tsela eo; ka moo ho leng
kateng; ho ya ka moo ke bonang ka teng; ka lebaka lena. Mohl. Akere wena o
tshepisitse batho nama. Akere o itse o tla ba felehetsa. Akere o itse ke tlohele. Akere
o wa tseba hore ha ke kgone. (bap. ankere).
Akga (a-kga) /include, consist/ Ho kenyeletsa le. Ho ameha le.
Akgeha (a-kge-ha) /faint/ Ho lahleheloa ke kutlo ka baka la bohloko kapa boemo ba
pelo bo qeteng ho etsahala. Ho wela fatshe ke bohloko.
Akgotsa (a-kgu-tsa) // Ho isa matsoho hodimo le tlase ka lebaka la ho teneha; ho
lahla matsoho ka ho a lebisa tlase le hodimo ka sesupo sa ho se kgotsofale; ho tsoka
matsoho moeng ho bontsha maikutlo a ho se ananele.
Akgotse (a-kgu-tse) // Bokgale ba akgotsa.
Akgotsoa (a-kguts-wa) // Boetsuwa ba ho akgotsa.
Akgotseha (a-kgu-tse-ha) // E isang matsoho hodimo le tlase ka lebaka la ho teneha;
ya lahlang matsoho ka ho a lebisa tlase le hodimo ka sesupo sa ho se kgotsofale; ya
tsokang matsoho moeng ho bontsha maikutlo a ho se ananele.
Ako (a-ko) (aku) /may you please/ Lentsoe le sebedisoang ho kopa ka boikokobetso.
Akofa (a-ku-fa) /hurry up, accelerate/ Ho tsamaya ka potlako e kgolo; ho bontsha
matjato a motsamao; ho tsamaya ka ho phakisa haholo. ho baka motsamao o
potlakileng.
Akofile (a-ku-fi-le) // E, kapa ya bontshang motsamao o potlakileng haholo; ya
bontshang matjato ka ho tsamaya; ya tsamayang ka ho phakisa haholo.
Akofile (a-ku-fi-le) // Bokgale ba ho akofa.
Akofisa (a-ku-fi-sa) // Ketsiso ya ho akofa.
Akofisoa (a-ku-fi-swa) // Boetsuwa ba ho akofa.
Ala (a-la) /make bed for sleeping/ Ho hlophisetsa ho robala. Ho lokisa diphate
bakeng sa ho robala. Mael. Ho ala leleme phate: ho bua taba ka tsela e sa utloahaleng;
ho ba tshopodi ka puo; ho se hlalose ka tsela e utloahalang hantle.
Alafa (a-la-fa) /heal/ Ho fodisa ka ho oka kapa ka ho fa moriana. Ho tlosa bohloko ka
setlhare. Ho suthisa lefu ke mooki kapa motho ya alafang. (mm. Alafela, alafile,
alafang, alafjoa, kalafo, kalafong, moalafi, sealafi).
Alafshoa (a-laf-shwa) /healed/ Boetsuwa ba ho alafa.
Alemanaka (a-le-ma-na-ka) /calender/ Se bontshang nako tsa selemo joalo ka
letsatsi, beke le kgoedi. /bon. dialemanaka/.
Aloa (a-lwa) // Boetsuwa ba ho ala.
Alodisa (a-lu-di-sa) // Ketsiso ya ho alola.
Alola (a-lo-la) /make bed for waking up/ Ho lokisa moalo bakeng sa ho tsoha kapa
ho lokisa diphate ka mora ho tsoha. Ketsollo ya ho ala.
Alolaka (a-lo-la-ka) /prepare bed repeatly/ Phethako ya ho ala.
Alolisa (a-lo-li-sa) // Ketsiso ya ho alola.
Aloloa (a-lu-lwa) // Boetsuwa ba ho alola.
Alosa (a-lu-sa) /look after herds or domestic animals/ Ho disa diphoofolo. Ho
shebana le mohlape kapa diphoofolo. Ho ba modisa kapa moalosi.
Alositse (a-lu-si-tse) Bokgale ba ho alosa.
Alositsoe (a-lu-sits-we) // Boetsuwa ba ho alosa.
9
10
Alotse (a-lo-tse) // Bokgale ba ho alola.
Alotsoe (a-luts-we) // Boetsuwa ba ho alola.
Ama (a-ma) /touch/ Ho tshoara ka letsoho. Ho thetsa ka nthoe itseng.
Ama (//) /to arm/ (sheb. Hlomela bakeng sa tshebediso).
Amahana (a-ma-ha-na) // Ketsahalo ya ho amana.
Amahanya (a-ma-han-ya) /compare, analogize/ Ho bapisa ka ho bontsha kamano.
Amana (a-ma-na) /related/ Ho ba le kamano le motho kapa batho ba lelapa le itseng;
ho ba seng le motho emong. Ho ba leloko le kapa la.
Amanang (a-ma-na-ng) // Taelo ya ho amana: ho joetsa batho hore ba amane.
Amang (a-ma-ng) /of things: others/ Ao ho buuwang ka ona ntle le tsona tsena kapa
ona ana. Mohl. Ke batla amang hape. Ebe o fumane amang ntle le ao. ba re ba tla
tlisa amang hosane. (bap. tseding, enngwe, hohong, emong, babang).
Amanya (a-man-ya) /compare, relate to/ Ho bapisa le. Ho kgemisa mmoho le.
Amarela (a-ma-re-la) /attach, affilate, adhere/ Ho ikamahanya le; ho ba le kamano e
kgolo le; ho itshetleha kapa ho ipapisa le. (mm. Amarelang).
Amaretse (a-ma-re-tse) /adhered, attached/ Bokgale ba ho amarela.
Amaretsoe (a-ma-rets-we) /attached to/ Boetsuwa le bokgale ba ho amarela.
Ameha (a-me-ha) /involved/ Ho nkga lefotha bobodung. Ho ba le seabo nthong e
itseng haholo ka tsela e sa lokang.
Amme (am-me) // Bokgale ba ho ama.
Amoha (a-mu-ha) /dispossess/ Ho nkela kapa ho nka ka tsela e mpe.
Amohaka (a-mo-ha-ka) Phetako ya ho amoha.
Amohela (a-mo-he-la) /welcome/ Ho ananela ka matsoho a mabedi se fanoang kapa
motho e mocha ya fihlang sebakeng. Ho ananela mofihli. (bap. fihlisa).
Amoheloa (a-mu-he-lwa) // Boetsuwa ba ho amohela.
Amoheleha (a-mu-he-le-ha) /acceptable, admissible, tolerable/ Ketsahalo ya ho
amohela kapa sesupo sa kamohelo. Ho dumela kapa ho fa moeti kapa motho ya
fihlang kananelo.
Amohelehe (a-mu-he-le-hi) /unacceptable/ E sa batleng kamohelo kapa kananelo.
Amohetse (a-mu-he-tse) // Bokgale ba ho amohela.
Amose (a-mu-si) /Amos/ Buka ya bibele ya bomashome a mararo ya testamente ya
bibele ya kgale.
Ana (a-na) /these ones/ Lesupi le bontshang dintho tse haufinyane tseo mantsoe a
tsona a qalang ka “ma” bongateng.
Ana (an-aa) /interrogative pronoun: are you? is it?/ Lebotsa kapa lentsoe le
sebedisoang ho botsa potso. Mohl. Ana o rata mosadi eo kapa che?
Ana (a-na) /honour, respect/ Ho hlompha seboko, lebitso kapa seo motho a
rehelletsoeng ka sona. Ho bontsha thlompho ya seboko.
Anana (a-na-na) /these ones here/ Lesupi le bontshang ntho e haufinyane ka ho
toboketsa ebile mantsoe a teng a le ka bongateng.
Ananela (a-na-ne-la) /abide by, accept, acknowledge/ Ho amohela sepheto le ntlha e
hlahisoang kapa e hlahisitsoeng. Ho dumela se buuwang kapa se hlahisoang ka puo.
Ananeloa (a-na-ne-lwa) (ananelwa) // Boetsuwa ba ho ananela.
Ananetse (a-na-ne-tse) // Bokgale ba ho ananela.
Ananyese (a-nan-ye-se) /onion/ Mofuta wa semela se monko o bohale, oo kotola ya
teng e jewang ebile e ka sebedisoa joalo ka motsoako wa dijo ha e phehiloe le ho
habeloa. /bon. Diananyese/.
Aneha (a-ne-ha) /dry/ Ho etsa hore ntho e ome. Ho omisa phahlo ka ho e beha moo
honang le moya teng. Ho ntsha mongobo seaparong kapa nthong e metsi kapa e lesoe.
10
11
Anehela (a-ne-he-la) // Ketsetso ya ho aneha.
Anehile (a-ne-hi-le) // Bokgale ba ho aneha.
Anehisa (a-ne-hi-sa) // Ketsiso ya ho aneha.
Anela (a-ne-la) /to fit every body/ Ho fa kapa ho tholoa ke bohle kapa tsohle.
Aneloa (a-ne-lwa) // Boetsuwa ba ho anela.
Anetse (a-ne-tse) // Bokgale ba ho anela.
Anetsoe (a-nets-wi) // Boetsuwa ba ho anela.
Angoa (ang-wa) (angwa) /touched, impressed/ Boetsuwa ba ho ama.
Ankere (an-ki-ri) by the way, infact, matter of fact/ Ka tsela eo; ka moo ho leng
kateng; ho ya ka moo ke bonang ka teng; ka lebaka lena. Mohl. Ankere wena o
tshepisitse batho nama. Ankere o itse o tla ba felehetsa. Ankere o itse ke tlohele.
Ankere o wa tseba hore ha ke kgone. (bap. akere). Tlh. Mantsoe “akere” mmoho le
“ankere” a bolelela ntho e le nngwe phapang ke hore la bobedi le sebedisoa ke bana
haholo.
Ano (a-nu) /those ones/ Lesupi le bontshang bongata ba mantsoe a qalang ka “ma.”
Anoa (an-wa) /respected/ Boetsuwa ba ho ana.
Anono (a-nu-nu) /those over there/ Lesupi le bontshang ntho tse hojana tseo mabitso
a tsona a qalang ka “ma” ebile di le ka bongateng ka ho tobeketsa.
Anthe (ant-he) /actually/ Lentsoe le bontshang netefatso ya polelo. Mohl. Anthe
wena omang? Ke neke nahana hore Mugabe ke motsoalle wa Letsie anthe ha ho
joalo. Mosetsana enoa o bohahala a le motshoana ha a le hole anthe o mosoeu.
Anthe o tsotsi ya matarapane: ke ne ke sa tsebe! (bap. kanthe).
Anthenyane (ant-hen-ya-ni) /in actual fact/ Ho netefatsa polelo kapa seo ho
buuwang ka sona ka ho toboketsa. Mohl. Anthenyane wena omang? Ke neke nahana
hore Mugabe ke motsoalle wa Letsie anthenyane ha ho joalo. Mosetsana enoa o
bohahala a le motshoana ha a le hole kanthenyane o mosoeu. Anthenyane o tsotsi
ya matarapane: ke ne ke sa tsebe! (bap. kanthenyane).
Antsha (ants-ha) /to breast feed/ Ho fa lebese ka letsoele. Ho fepa ka letsoele. Mael.
Ha tadi e antsha: motshehare o moholo; ha ra mpa ya motshehare. Mael. Ha e antshe
ka mokukutoana mma yona a le teng: ho keke hoa hlalosoa seo monga taba a ka se
hlalosang a le sio; ho keke hoa botsoa motho ya sa tsebeng boemo ba ditaba ntle le ho
botsa ya di tsebang ka botlalo. Ho batla dikarabo tse nepahetseng ho ya nang le
dikarabo.
Antshitse (ants-hi-tse) /breast fed/ Bokgale ba ho antsha.
Antshitsoe (ants-hits-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho antsha.
Antshoa (ants-hwa) // Boetsuwa ba ho antsha. (mm. Antshwa, antsoa).
Anya (an-ya) /to suck milk/ Ho noa lebese ke ngoana kapa phoofolo ka ho
momorotsa lebese la letsoele. Mael. Ho anya leleme: ho nonya maikutlo; ho batla
taba ka ho botsa potso e itseng.
Anyesa (an-yi-sa) /to breast feed/ Ketsiso ya ho anya.
Anyesoa (an-yi-swa) // Boetsuwa ba ho anya.
Ao (aa-u) /what / Lekgotsa lebontshang ho makala kapa ho makalla se buuwang.
Ao (a-u) /those ones/ Lesupi le bontshang ntho tse hojana tseo mantsoe a tsona aleng
ka bongateng.
Aohe (a-u-he) /exclamation: oh shame! Ag shame/ Lekgotsa le bontshang ho hauha
kapa kutloelo bohloko ya motho ya etsoang hampe kapa ya entsoeng hampe.
Aohele (a-u-he-le) /exclamation: oh shame! Ag shame/ Lekgotsa le bontshang ho
hauha kapa kutloelo bohloko ya motho ya etsoang hampe kapa ya entsoeng hampe.
11
12
Apara (a-pa-ra) /to wear/ Ho tena diphahlo. Ho kenya seaparo. Ho iphuthela ka
diaparo bakeng sa ho pata bofeela kapa ho tsola.
Aparehisa (ap-a-re-his-a) /to make poor/ Ho etsa hore motho a be mofutsana.
Aparehisitse (a-pa-re-hi-si-tse) // Bokgale ba ho aparehisa.
Aparehisoa (a-pa-re-hi-swa) // Boetsuwa ba ho aparehisa.
Aparela (a-pa-re-la) // Ketsetso ya ho apara.
Apareloa (a-pa-re-lwa) /cover/ Boetsuwa ba ho apara kapa ho dikaneloa ke.
Apareloe (a-pa-re-lwe) // Bokgale le boetsuwa ba ho aparela
Aparetse (a-pa-re-tse) // Bokgale ba ho aparela.
Aparetsoe (a-pa-rets-we) // Bokgale le boetsuwa ba ho apareloa.
Aparoa (a-pa-rwa) // Boetsuwa ba ho apara.
Apeha (a-pe-ha) /to cook/ Ho lokisa dijo hore di butsoe. Ho pheha dijo kapa sejo se
tlang ho jewa. Ho etsa hore sejo se butsoe.
Apehoa (a-pe-hwa) // Boetsuwa ba ho apeha. (mm. Apehile, apehela, kapeho).
Apere (a-pe-re) /wore, wearing, clad/ Bokgale le ketsahalo ya ho apara.
Apesa (a-pe-sa) /to dress/ Ketsiso ya ho apara. Ho thusa ho apara. Ho thusa ho ba le
diphahlo kapa ho di apara (mm. Apara, apere, apesoa, apesitsoe, kapeso, kaparo).
Apesitse (a-pe-si-tse) // Bokgale ba ho apesa.
Apesoa (ape-swa) // Boetsuwa ba ho apesa.
Api (a-p-i) /baby hat/ Katiba ya ngoana. /bon. diapi/.
Apoha (a-po-ha) /disperse/ Ho tlosa ka ho fefola ka moya. Ho tloha hoa maru.
Apola (ap-o-ha) /to undress/ Ho hlobola diphahlo. Ho tsola. Ho ba feela.
Apolaka (ap-o-la-ka) /to undress repeatly/ Phetako ya ho apola.
Apole (ap-u-le) /an apple/ Mofuta wa tholoana ya sefate sa apole. /bon. diapole/.
Apolela (ap-u-le-la) /to give clothes to the needy/ Ho fa mohloki seaparo. Ho
nehelana ka seaparo ho motho ya di hlokang.
Apolela (ap-u-le-la) /undress for/ Ho tsolela motho. Ho hlobolela diphahlo.
Apoloa (a-pu-lwa) // Boetsuwa ba ho apola.
Apotse (a-pu-tse) // Bokgale ba ho apola.
Araba (a-ra-ba) /to answer/ Ho fana ka karabo. Ho fetola potso ebe karabo. Ho
nehelana ka seo potso e se lebelletseng.
Arabela (a-ra-be-la) /to respond, answer/ Ho fana ka maikutlo. Ho buisana.
Arabelana (a-ra-be-la-na) /to communicate/ Ho sebedisana mmoho ka mokgoa o
eketsang kutlo, kutloano kapa kutloisisano.
Arabetse (a-ra-be-tse) // Bokgale ba ho araba.
Arabisa (a-ra-bi-sa) /to urgue/ Ho ba le kgang ka puo. Ho ngangisana ka mantsoe.
Arabisana (a-ra-bi-sa-na) /to make an urgument/ Ketsetsano ya ho arabisa.
Arabisoa (a-ra-bi-swa) // Boetsuwa ba ho arabisa.
Areka (a-re-ka) /ark/ Moaho o moholo, seka sekepe, o neng o ahiloe ke Noa ho ya ka
buka ya Genese, oo sepheo sa ona eneng e le ho tshireletsa ba lokileng kgahlanong le
moroallo o moholo wa metsi. /bon. diareka/.
Aroha (a-ro-ha) /to divide, split/ Ho etsa hore ntho di se be mmoho.
Arohana (a-ro-ha-na) /to separate/ Ho etsa hore ntho di se kopane kapa mmoho;
phelo ya bommoho.
Arohane (a-ro-ha-ne) /separated/ Bokgale ba ho arohana.
Arohanya (a-ro-han-ya) /to cause to split/ Ho qhala bonngwe. Ho fedisa setsoalle.
Arohanyoa (a-ro-han-wa) // Boetsuwa ba ho arohanya.
Arola (a-ru-la) /to share equally/ Ho etsa hore ntho di fete bonngwe; ho poma kapa
ho seha ka tekanyo kapa dikotoana; ho poma ka ho lekana.
12
13
Arolela (a-ro-le-la) /to share to someone/ Ketsetso ya ho arola.
Arolelana (a-ro-le-la-na) /to share amongst/ Ketsetsano ya ho arola.
Aroleloa (a-ro-le-lwa) // Boetsuwa ba ho arolela.
Ata (at-a) /increase, multiply/ Ho eketseha kapa ho etsa dintho di be ngata.
Atamela (a-ta-me-la) /to come close/ Ho ba haufi le. Ho tla pela ntho e itseng.
Atamelana (a-ta-me-la-na) /to be close to each other/ Ketsetsano ya ho atamela.
Atamelang (a-ta-me-la-ng) // Taelo ya ho atamela: ho joetsa bongata ba batho ho tla
haufinyane le mmuwi kapa moetsi.
Atameloa (a-ta-me-lwa) /approached/ Boetsuwa ba ho atamela.
Atametsa (a-ta-me-tsa) /to bring near/ Ho tlisa haufinyana. Ho beha haufi.
Atametsa (a-ta-me-tsa) /affiliate/ Ho kgema mmoho le seo motho a leng ka
lehlakoreng la sona; ho tsamaisana le mokgatlo, mokga kapa sehlopha. (bap.
boikatametso).
Atametse (a-ta-me-tse) // Bokgale ba ho atamela.
Atametsoa (a-ta-mets-wa) // Boetsuwa ba ho atametsa.
Atamisetsa (a-ta-mi-se-tsa) /to bring near for/ Ketsetso ya ho atametsa.
Ate (a-te) /increase/ Boemo ba ho ata. Mohl. Re batla hore tsohle di ate.
Athe (at-he) /only to find that/ Netefatso ya ketsahalo. Lentsoe le bontshang
netefatso ya polelo. (bap. anthe, anthenyane).
Athenyane (at-hen-ya-ne) /only to find that/ Netefatso ya ketsahalo e nyane. Ho
netefatsa polelo kapa seo ho buuwang ka sona ka ho toboketsa.
Atisa (a-ti-sa) /to multiply/ Ho ngatafatsa kapa ho eketsa. Ho etsa bongata.
Atisana (a-ti-sa-na) /prolifirate, reproduce/ Ho eketsa batho kapa ntho.
Atisetsa (a-ti-se-tsa) /to multiply for/ Ketsetso ya ho atisa.
Atisitse (a-ti-si-tse) // Bokgale ba ho atisa.
Atisitsoe (a-ti-si-tswe) // Boetsuwa ba ho atisa.
Atisoa (a-ti-swa) // Boetsuwa ba ho ata.
Atlara (a-tla-ra) /clinch, hug/ Ho tshoara ka seatla ka thata ka sepheo sa ho etsa hore
ntho e se ke ya baleha kapa ya chopoha. Ho beha letsoho lehetleng la motho ka
sesupo sa ho thaba kapa lerato. (bap. haka, tlapurela, mamarela, kakatlela).
Atlarela (a-tla-re-la) /clinch, hug/ Ketsahalo ya ho atlara: ho tshoara ka seatla ka
thata ka sepheo sa ho etsa hore ntho e se ke ya baleha kapa ya chopoha. Ho beha
letsoho lehetleng la motho ka sesupo sa ho thaba kapa lerato. (bap. tlapurela).
Atleha (a-tle-ha) /prosper, succeed) Ho ba le tse hlokahalang. (bap. phomella).
Atlehisa (a-tl-hi-sa) /to make prosperous/ Ho thusa emong kapa ho baka hore tse
ntle tsohle tse batlahalang di be teng.
Atleha (a-tle-ha) /succeed/ Ho phomella ho etsa ketso e itseng. Ho kgona ho etsa.
Atlehile (a-tle-hi-le) // Bokgale ba ho atleha.
Atlehisoa (a-tle-hi-swa) // Boetsuwa ba ho atleha.
Atolla (a-tol-la) /to expand, extand/ Ho eketsa moaho kapa se tlamehang ho ba
seholo.
Atolloa (a-tul-lwa) // Boetsuwa ba ho atolla.
Atolosa (a-tu-lo-sa) /enlarge/ Ho etsa hore ntho e be kgolo ka ho atisa bophahamo,
bophara kapa bolelele ba yona. Ho etsa hore sebopeho kapa chebahalo e be kgolo.
Atolosoa (a-tu-lo-swa) // Boetsuwa ba ho atolosa.
Atolotse (a-tu-lo-tse) // Bokgale ba ho atlolosa.
Au (a-u) /wow!/ Lekgotsa le bontshang ho makalla sephetho se hlahisoang kapa
ketsahalo e sa lebelloang. (bap. ao!).
13
14
Ausi (a-u-si) /sister/ Ngoaneso e motshehadi. Motho e motshehadi eo mmae le ntatae
eleng batsoadi baka. Ngoanana e moholo ho nna. /bon. boausi/ Tlh. Lentsoe le
nepahetseng la Sesotho ke kgaitsedi; ausi ke lereho molata kapa lebitso le adimiloeng
ho puo ya seafrokanse kapa seburu. (bap. kgaitsedi, abuti, moholoane).
Ausinyana (a-u-sin-ya-na) /girl friend/ Mosetsana ya ratoang ke mohlankana. /bon.
boausinyana/ (bap. kgarebe).
Ayo (a-yaw) (ha ayo) /of the third person: not there/. Hoa mmuuwa kapa motho eo
ho buuwang ka yena: ya sio sebakeng seo a batloang ho sona; ya sa tholahaleng kapa
fumanoeng moo a batloang teng. Mohl. Morena ha ayo kgotla kajeno. Ba re joetsitse
hore ha ayo motseng. (bap. Bayo, Hoyo, leyo, eyo, boyo, yo).
14
15
Bbb
PALE:
Tlhaku ya bobedi ya Sesotho. Bongata ba maetsi a qalang ka tlhaku ena a fetohela ho
“P” ha a fetohela kapa a fetoleloa ho mareho (nouns). Mohlala: bapisa=papiso,
babatsa=pabatso, bapatsa=papatso, bapala=papadi/papalo, jwalo jwalo. Hona ha
ho bolele hore kaofela maetsi a qalang ka “B” a ka fetoleloa ho mareho a qalang ka
“P”. Mohlala wa mareho a semelo a “B” ke: bohlale, bohlola, bokakalope, boyena,
botona, jwalo jwalo.
Tlhokomediso: bongata ba mantsoe a maetsi a bitsoang boiketsi/maiketsi a fetoha
“Boi” ha eba mareho. Mohlala: ikgohomosa=boikgohomoso, itloaetsa=boitloaetso,
icheba=boichebo, ikutloa=boikutlo, jwalo jwalo. Ha a fetoleloa bongateng, a
sebedisa tlhaku “M”. Mohlala: boikemisetso=maikemisetso, boikutlo=maikutlo,
jwalo jwalo.
B (bi) //
Ba (ba) /races pluralizing prefix/ Sehlongoapele se sebedisoang ho ngatafatsa
mabitso a merabe ya batho le sebopeho mmoho le tlhaloso ya batho. Mohl.
Mosotho=Basotho,
mopedi=bapedi,
motswana=batswana,
motho=batho,
mosuoe=basuoe, mosadi=basadi, mopedi=bapedi, morena=barena, monna=banna,
ngoana=bana, mosetsana=basetsana, mohlankana=bahlankana, moruti=baruti, jj.
Ba (ba) /these ones (people)/ Lentsoe le sebedisoang joalo ka seemedi se bontshang
ka ho supa batho ba ka bongateng ba haufinyane. (bap. tse). Mael. Ho ba le pelo: ho
ba le bokgoni ba ho mamella se sa mamelloeng
Ba (ba) /they (people)/ Seemedi Se sebedisoang bakeng sa batho ka bongateng.
Baahlodi (ba-a-hlu-di) /Judges/ Buka ya bosupa ya bibele testamenteng ya kgale ya
bibele. /bon. 0/.
Baale (ba-a-le) /Baal/ Modingoana wa bohata ya neng a kgumameloa ke Bakanana
bakeng sa pelehi kapa thari ho ya ka tlhaloso ya buka ya bibele, eo molekane wa hae
eneng e le Ashara. /bon. bobaale/.
Baba (ba-ba) /bitter/ E nang le tatso e mpe, e bohale. E sa latsoeheng ha monate.
Babababa (baba-baba) /little bitter: not sweet/ E tatseho e babang: e batlileng e ba
le tatso ya mohalakane hanyane. (mm. babang, babisa, babela, pabiso, mobabi).
Babalase (ba-ba-la-se) /hang-over/ Boemo ba letsatsi le hlahlamang ka mora tai.
Baballa (ba-bal-la) /protect/ Ho boloka ntho hore e se senyehe; ho boloka le ho
tshireletsa motho hore a se hlaheloe ke kotsi.
Baballa (ba-bal-la) /preserve/ Ho hlokomela kgahlanong le tshenyeho kapa phelo.
Baballoa (ba-bal-lwa) /protected, saved/ Boetsuwa ba ho baballa. (mm. baballwa).
Babang (ba-ba-ng) /others/ Ntle le bongata ba batho ba itseng. Batho ba itseng ntle le
ho kenyeletsa sehlopha seseng. (bap. tseding, emong). Mohl. Bana bana ba bana
baka ba hana ho bapala le bana babang. Mael. Motho ke motho ka batho babang:
motho o kgona ho atleha, tsoelapele, thaba, nyakalla le ho rua ka lebaka la ho
phedisana le babang. O keke wa kgona ho phela bophelo bohle o le mong kapa ntle le
leloko, baahisane mmoho le metsoalle.
Babasedisa (ba-ba-se-di-sa) // Ketsiso ya ho babasela.
15
16
Babasela (ba-ba-se-la) /painful/ Ho ba bohloko hoa leqeba kapa setho sa mmele.
Babatsa (ba-ba-tsa) /to praise/ Ho rorisa ka tsela e ntle. Ho bua hantle ka motho kapa
ntho e itseng.
Babatseha (ba-ba-tse-ha) /praise worthy/ E batlang thoriso. E ntle haholo e
loketsoeng ke pabatso kapa thoriso. (bap. rateha).
Babatsoa (ba-bats-wa) // Boetsuwa ba ho babatsa. (mm. babatswa).
Babedi (ba-be-di) /twosome/ Ba fetang bonngwe ka palo empa ba le ka tlase ho tharo
kapa boraro. Mael. Metsotso e jele babedi/ ha metsotso e ntse e ja babedi: nako e ile;
nako e tsamaile haholo; nako e se e re sihile haholo.
Babela (ba-be-la) /to be bitter for/ Ketsetso ya ho baba.
Babetse (ba-be-tse) // Bokgale ba ho babela.
Babisa (ba-bi-sa) /to cause to be bitter/ Ketsiso ya ho baba.
Babo (ba-baw) /their relatives/ Ba amanang le yena kapa bona. Bao eleng baamani le
mmuuwa kapa moetsuwa. Seemedi thuo se supang hore batho ke ba mmuuwa feela
ntle le ba bang. Seemedi se supang hore mmuuwa ke motho wa bo babuuwa. (bap.
wabo) (mm. wabo).
Babola (ba-bu-la) /clap/ Ho natha ka bokahare ba letsoho. Ho tlatsela ka boima ba
seatla. Ho natha ka thata ka letsoho.
Babotse (ba-bu-tse) // Bokgale ba ho babola. Nathile kapa shapile ka seatla.
Bacha (ba-cha) /youth/ Batho ba lemo tse tlase. Bongata ba mocha. Tlh. Lentsoe lena
le ka bongateng; bonngwe ba lona ke “mocha”. (bap. Mocha).
Badile (ba-di-le) /learned/ Bokgale ba ho bala.
Badile (ba-di-le) /learned/ Ya rutehileng. Ya ileng sekolong. Ya tsebang haholo.
Badimo (ba-di-mo) /gods/ Bao ho dumeloang ho bona ba shoeleng; bafu kapa mofu
eo ho nahanoang hore ona le seabo ho ba phelang; motho ya patiloeng lebitleng eo ho
dumeloang hore o na le matla ho ba phelang; moya wa mofu. /bon. Badimo/.
Badimo (ba-di-mu) /ancestors/ Batho kapa motho wa kgale ya sa pheleng ya
amanang le ya phelang, eo ho dumeloang hore o na le tshutshumetso mmoho le matla
ho ba phelang. /bon. badimo/ (bap. ledimo).
Badisa (ba-di-sa) /to help read/ Ketsiso ya ho bala. Ho thusa ho bala.
Badisisa (ba-di-si-sa) /to scrutinise/ Ketsisiso ya ho bala. Ho bala ka hloko.
Badisisa (ba-di-si-sa) /to read thoroughly, scrutinise/ Ho bala ka boikemisetso.
Baehlotse (ba-e-hlu-tsi) /contumacious, mulish/ Motho ya hlotseng keletso tsohle:
ya boemong ba ho se eletsoe kapa ba ho fuwa keletso; ya hlooho e thata ka ho fetisisa;
ya sa natseng keletso efe kapa efe. /bon. bobaehlotse/.
Baefese (ba-e-fe-se) /Ephesians/ Buka ya leshome ya bibele testamenteng e ncha.
Baesekele (bai-se-ki-le) /bycircle/ Sepalangoang se mabidi a mabedi se tsamaisoang
ka ho hata le ho sututsa tlhako (pedal) ya yona. /bob. Dibaesekele/.
Bafilipi (ba-fi-li-pi) /Philippians/ Buka ya leshome le motso o le mong (11) ya bibele
testamenteng e ncha.
Bagalata (ba-kga-la-ta) /Galatians/ Buka ya borobong (9) ya testamente e ncha ya
bibele, e lateloang ke buka ya Baefese.
Baheberu (ba-he-be-ru) /Hebrews/ Buka ya leshome le metso e robong ya bibele
testamenteng e ncha.
Baheso (ba-he-su) /my people, my compatriot, my relatives/ Batho ba amanang le
mmuwi kapa moetsi ka tsoalano, lelapa kapa bodulo ba sebaka, naha le boahisane.
Baji (ba-ji) /cheaters/ Ba qhekanyetsang ba bang. Ba jalletsang. Motho ya sebedisang
boqhekanyetsi bakeng sa ho fumana seo a se batlang. (sheb. moji bakeng sa
16
17
tshebediso) Mael. Le pele di na le baji: moo o yang teng o tla fumana ba bohlale
hofeta wena. Ho qhekanyetsoa ke babang pele.
Bajoa (baj-wa) /to freeze before riping/ Hoa semela: ho hatsela pele se butsoa; ho
hlaseloa ke mohatsela pele ho putso.
Baka (ba-ka) /reason, because of/ Seo eleng sona sesosa sa ketsahalo e itseng; seo
ketsahalo e itshetlehileng ka sona. Tlh. Lentsoe lena, “baka” le lateloa ke “la” ho
phethahatsa se boleloang. Mohl. Ka baka la. (sheb. lebaka bakeng sa tshebediso).
Baka (ba-ka) /to cause/ Ho etsa hore ketsahalo kapa ketso e itseng e etsahale; ho ba
sesosa sa ketsahalo kapa ketso.
Baka (ba-ka) /to be apologetic, to be sorry/ Ho itshoaya phoso. Ho se phete se sebe.
Baka (ba-ka) /to bake/ Ho etsa kuku kapa borotho. Ho sebedisa hlama ho etsa sejo
kapa bohobe ba koro.
Bakela (ba-ke-la) /cause troubles for/ Ketsiso ya ho baka.
Bakeng (ba-ke-ng) /instead of/ Ka lebaka la.Tlh. Hangata lentsoe lena le sebedisoa le
lateloa ke “sa” joalo ka “bakeng sa”.
Baki (ba-ki) /jacket/ Seaparo sa mmele o ka hodimo haholo se aparoang ke monna;
seaparo se boimanyana se aparoang ka ntle ho diaparo tse ding. /bon. dibaki/.
Bakile (ba-ki-le) /repentant/ Ya sa hloleng a etsa phoso kapa sebe. Bokgale ba ho
baka.
Bakisa (ba-ki-sa) /to spite/ Ho etsa ntho ka lebaka la ho utloisa bohloko. Ho utloisa
bohloko ka sepheo sa ho bontsha emong lebaka le itseng.
Bakisana (ba-ki-sa-na) /to compete vigorously/ Ho phehisana. Ho etsa kgang.
Bakolose (ba-ko-lo-se) /Colossians/ Buka ya leshome le metso e mmedi (12) ya
bibele testamenteng e ncha.
Bakorinthe (ba-ko-rint-he) /Corinthians/ Buka ya bosupa (7) le ya borobedi (8)
(bakorinthe ba bobedi) testamenteng e ncha ya bibele.
Bala (ba-la) /to read/ Ho bua le mongolo. Ho ya le se ngotsoeng bukeng, leqhepheng
kapa leboteng.
Bala (//) /to count/ Ho latellisa ka tatellano ya lenane ho tloha ho ya pele ho fihla ho
ya ho qetela kapa e qetellang.
Balabala (ba-la-ba-la) /to complain/ Ho bontsha ho sekgotsofale ka ho bua mantsoe a
tletlebo kapa a boipelaetso. Tem. Hangata lentsoe lena, “balabala” le sebedisoa ho
batho ba batshehadi hofeta ho ba batona. (bap. Komakoma).
Balakatha (ba-la-kat-ha) /exclamation: in he/she comes!/ Ho fihla ho sa lebelloa.
Bale (ba-li) /girls for initiation school/ Basetsana ba mophato wa lebollo. Ngoale ha
di le pedi kapa di feta bonngwe. Tlh. Lentsoe lena le sebedisoa le le ka bonngweng
hangata. (bap. ngoale).
Bale (ba-le) /those ones over there/ Lesupi le bontshang batho ba hole.
Balea (ba-le-a) /to escape/ Ho qoba ntho e itseng ka ho matha kapa ho tloha pela
yona ka lebelo. Tlh. Lentsoe le nepahetseng ke “baleha” hofeta “balea”.
Baleha (ba-le-ha) /flee, escape/ Ho tloha ka ho matha ka sepheho sa ho koekoetla; ho
matha ka sepheo sa ho qoba kotsi. Ho matha haholo ka lebelo le leholo. Mael. Ho
checha hoa ramo ha se ho baleha: ho ya morao hoa motho ha se ho ja fatshe kapa ho
itahla empa ke ho nka matla; ho kgoechella morao ke ho nka matla kapa ho itlokisa.
Balehela (ba-li-he-la) /to ovoid/ Ketsetso ya ho baleha. Ho koekoetla.
Baleisa (ba-le-is-a) // Ketsiso ya ho baleha. Ho etsa hore ntho e balehe.
Balella (ba-lel-la) // Ho bala se sa tlamehang ho kengoa palong; ho bala mmoho le se
sa hlokahaleng.
Balla (bal-la) /to read for someone/ Ketsetso ya ho bala. Ho thusa ho bala.
17
18
Balleloa (bal-le-lwa) /be assisted to read/ Boetsuwa ba ho balella.
Balloa (bal-lwa) /to be counted for/ Ketsetso ya ho bala. Ho kenyeletsoa palong.
Baloa (bal-wa) /to be counted/ Ketsetso ya ho latellisa ka tatellano.
Balolla (ba-lul-la) /discriminate, segregate/ Ho kgesa ka ho se natse emong kapa
babang. Ho kgetholla ho ya ka sebopeho kapa mmala; ho kgetholla ho ya ka
botshehadi kapa botona.
Bana (ba-na) /children/ Bongata ba ngoana. (sheb. ngoana bakeng sa tshebediso).
Bana (ba-na) /these ones (people)/ Lesupi le bontshang batho ba bangata ba
haufinyana.
Bane (ba-ni) /those ones/ Lesupi kapa lentsoe le bontshang kapa le supang batho ka
bongateng ba le hojana.
Banene (ba-ni-ni) // those ones over there/ Lesupi kapa lentsoe le bontshang kapa le
supang batho ba bangata ba le hojana, ka ho toboketsa.
Banka (ban-ka) /badly ploughed arable land/ (Ho lema dibanka) karoloana ya mobu
wa tshimo e sa lengoang hantle ka mohoma wa kgomo tse pannoeng; karoloana eo
mohoma o sa fihlang ho yona nakong ya ho lema. /bon. dibanka/.
Banka (ban-ka) /bank/ Sebaka sa ho boloka kapa ho bea chelete; moo ho bewang
dintho tse tlamehang ho bolokoa. /bon. dibanka/ (bap. polokelong).
Banna-we (ban-na-we) /exclamation: oh boy!/ Lekgotsa la ho makala ka ho bontsha
senna kapa bonna. (bap. basadi!). Mohl. Banna-we, motho a tla omella mosadi ka
phafa! Banna-we, a tla hlekefetsa mosadi Chomane!
Bano (ba-nu) /those ones (people)/ Lesupi le bontshang batho ba hojana kapa hole ka
bongateng.
Banono (ba-nu-nu) /those ones over there/ Lesupi le bontshang batho ba hojana kapa
ba hole ka ho toboketsa.
Bao (ba-u) /those/ Lesupi le bontshang batho ba hojana ka tello.
Bapadisa (ba-pa-di-sa) /to play with/ Ketsiso ya ho bapala. Ho bapala le.
Bapadisana (ba-pa-di-sa-na) /to play with each other/ Ketsetsano ya ho bapala.
Bapadisoa (ba-pa-di-swa) // Boetsuwa ba ho bapala. (mm. bapadiswa).
Bapala (ba-pa-la) /to play/ Ho etsa ketso kapa ketsahalo e akgang ho sebedisa mmele
kapa ditho tsa mmele ka sepheo sa ho ithabisa kapa ho etsa ditlhodisano.
Bapala (ba-pa-la) /joking/ Ho etsa ketso e hlokang botio; ho bua puo ya bosoasoi.
Bapalla (ba-pal-la) /to play for/ Ketsetso ya ho bapala. Ho bapala bakeng sa.
Bapalla (ba-pal-la) /to take for granted/ Ho se nke ka botio. Ho nka ka masawana.
Bapatsa (ba-pa-tsa) /to advertise/ Ho pepesa ntho hore e rekoe; ho boledisa kapa ho
pepesa ntho e itseng bakeng sa ho etsa hore e rekisoe.
Bapelana (ba-pe-la-na) /like, equivalent, same, similar to/ Ho ba boemong bo
tshoanang kapa bo shebahalang ka ho tshoana. (mm. Papelano).
Bapelane (ba-pe-na-ni) /like, equivalent, same, similar/ Eo sebopeho sa yona se
tshoanang le seseng; tse batlileng di tshoana kapa tse tshoanang haholo; tse mmoho
haholo ka baka la ho tshoana. Bokgale ba ho bapelana.
Bapetse (ba-pe-tse) // Bokgale ba ho bapala.
Bapisa (ba-pi-sa) /to compare/ Ho lekanya ka sepheo sa ho bona tekanyo kapa
phapang. (bap. papiso).
Bapisitse (ba-pi-si-tse) // Bokgale ba ho bapisa.
Bapisitsoe (ba-pi-sits-we) // Bokgale le boetsuwa ba ho bapisa. (mm. bapisitswe).
Bapisoa (ba-pi-swa) // Boetsuwa ba ho bapisa. (mm. bapiswa).
Bara (ba-ra) /bar/ Sebaka seo ho rekisoang joala ho sona. Ntlo ya thitelo. /bon.
dibara/ (bap. phepheseleng, thitelo).
18
19
Bareng (ba-ri-ng) /what do they say/ Lebotsa le botsang seo batho ba se bolelang;
ho batla ho tseba seo ba se bolelang. Tlh. Lentsoe lena “bareng” le utloahala joalo ka
popo ya mantsoe a mabedi eleng “ba” mmoho le “reng”. Sepheo sa ho le etsa lentsoe
leleleng ke ho qoba tlhaloso ya lentsoe “reng” leo tlhaloso ya lona leleleng e fanang
ka moelelo o sa hlakang.
Baroma (ba-raw-ma) /Romans/ Buka ya botshelela ya bibele testamenteng e ncha.
Basadi (ba-sa-di) /oh dear!/ Lekgotsa le bontshang ho makala hoa mosadi kapa
motho e motshehadi. (bap. banna-we!).
Basele (ba-si-li) /different ones/ Seemedi qollo se bontshang batho bao ho buuwang
ka bona ka ho qolla: ba sa tshoaneng le rona kapa bona. Ba fapaneng le rona. Seqolli
se hlakisang batho bao ho buuwang ka bona ka ho kgetholla hara babang. (bap. osele)
Bata (ba-ta) /cold/ E sa futhumalang. E hlokang mocheso. E hatsetsang.
Bata (ba-ta) /hit with a stick/ Ho otla ka molamu kapa thupa hloohong.
Batalla (ba-tal-la) /to run smoothly/ Ho matha ntle le tshitiso. Ho matha haholo, ha
monate ntle le ho sitisoa.
Batana (ba-ta-na) /hit each other/ Ketsetsano ya ho bata: ho bata emong mme le
yena a bate ya mmatileng.
Batetsa (ba-te-tsa) /to cool off, chill, freeze, refrigerate/ Ho etsa hore ntho kapa
motho a hatsele: a hloke mocheso kapa mofuthu o batlahalang.
Batetsoa (ba-tets-wa) /chilled/ Boetsuwa ba ho batetsa. (mm. batetswa).
Bathesalonika (bat-he-sa-lo-ni-ka) /Thessalonians/ Buka ya leshome le metso e
meraro (13) ya bibele mmoho le ya leshome le metso e mene (14) eleng
bathesalonika ba bobedi testamenteng e ncha.
Batisa (ba-ti-sa) /cause to be cold/ Ketsiso ya ho bata. Ho etsa hore ntho e bate.
Batisitse (ba-ti-si-tse) /cooled/ Bokgale ba ho batisa.
Batisoa (ba-ti-swa) /cooling/ Boetsuwa ba ho bata kapa batisa. (bap. patiso).
Batla (ba-tla) /want, seek/ Ho shebana le ntho e sa fumanoeng kapa e ipatileng. Ho
shebana kapa ho tsoma nnete kapa bonnete ba ntho e itseng.
Batlahala (ba-tla-ha-la) /essential, mandatory, necessary/ Se hlokahalang: ho ba
boemong ba ho batloa. (bap. hlokahala).
Batlahale (ba-tla-ha-li) /unwanted, unnecessary/ E sa hlokahaleng; eo boteng ba
yona bo sa hlokoeng; e sebakeng ntle le ho batloa. Mohl. Ho ne ho sa batlahale hore
o ahlamise moloma hakana. Lehola ha le batlahale mona. Che kea utloa, empa taba
ya hao ha e batlahale. Ho rohakana ha ho batlahale, re batla dipuisono feela
mokgatlong mona. (bap. kgohlahetse, hlokahale).
Batlana (ba-tla-na) // Ketsetsano ya ho batla: ho batla ntho kapa motho mme le yena
a batle seo kapa ya mo batlang.
Batle (ba-tli) /don‟t want to, refuse/ E sa rateng ho etsa ketso e itseng; ya hananang
le ketso kapa boemo bo itseng; ya kgahlanong le taelo kapa lebaka. Mohl. Ha ke batle
ho tsamaya bosiu. Ha re batle diketso tsa Mugabe. Ha a batle kgethollo ya mmuso
ona o fetileng.
Batle (ba-tle) /of people: beautiful, good or handsome/ Hoa batho: ba nang le
chebahalo e ntle ya sefahleho; ba tshobotsi e kgahlang mahlo; ba sebopeho se setle
haholo; ba mekgoa le diketso tse ratehang. Mohl. Bohle re batle mahlong a Modimo;
re batle haholo ha re apere diaparo tse ntle. (bap. motle, setle, botle, letle).
Batleha (ba-tle-ha) /wanted, needed/ E hlokahalang kapa e batloang: eo ka baka la
tlhokeho ya yona e batloang ke batho kapa ntho tse ngata.
Batlela (ba-tle-la) // Ketsetso ya ho batla: ho batla bakeng sa.
Batleloa (ba-tle-lwa) // Boetsuwa ba ho batla.
19
20
Batlile (ba-tli-le) /wanted, wished/ Bokgale ba ho batla.
Batlile (ba-tli-le) /almost/ Eo eleng sebopehong sa ho tshoana le; e atamelang le.
Batliloe (ba-tli-lwe) // Bokgale le boetsuwa ba ho batla. (mm. batlilwe).
Batlisa (ba-tli-sa) // Ketsiso ya ho batla.
Batlisisa (ba-tli-si-sa) /investigate/ Ketsisiso ya ho batla: ho batla ka ho etsa
diphuputso; ho batla ka ho etsa tekolo.
Batlisoa (ba-tli-swa) // Boetsuwa ba ho batlisa: ho thusoa ho batla se lahlehileng.
Batloa (ba-tlwa) /wanted/ Boetsuwa ba ho batla. (mm. batlwa).
Batsi (ba-tsi) /strong and healthy, able body/ E mmele o moholo o matla, ebile o
phetse hantle haholo. (bap. chatsi, chahlo, nonopetse). Mohl. Ngoana enoa ha a batsi
feela mmeleng, ebile o na le boko bo chatsi.
Bayo (ba-yaw) (ha bayo) /of many people: not there/ Hoa batho ba bangata: ba sio
sebakeng seo ba batloang ho sona; ba sa tholahaleng moo ba tlamehang ho fumanoa
teng. Mohl. Bohle ha bayo motseng. Babang ba teng empa babang ha bayo. (bap.
Hoyo, leyo, keyo, ayo, eyo, boyo, yo).
Be (be) /exclamation: oops!/ Lekgotsa le bontshang ho makalla ketso e itseng, e
etsahalang ka tsela e sa lebelloang.
Bea (be-a) /put down, place on/ Ho tlohela ntho e tshoeroeng ka letsoho ho e beha
hodima; ho isa fatshe kapa hodimo ka sepheo sa ho tshetleha hodima ntho e itseng; ho
isa nqa ya. (bap. beha).
Bebenya (be-ben-ya) /to move lips/ Ho tsitsinya pounama. Ho sothaka molomo.
Bebera (be-be-ra) /to talk too much, prate/ Ho bua haholo. Ho bua lolololo.
Beberile (be-be-ri-le) /talked too much/ Bokgale ba ho bebera.
Beberisa (be-be-ri-sa) /cause to talk too much/ Ketsiso ya ho bebera.
Beberisoa (be-be-ri-swa) /caused to talk too much/ Boetsuwa ba ho beberisa.
Bebofaletsa (be-bo-fa-le-tsa) /easen for/ Ketsetso ya ho bebofatsa. (bap. nolofaletsa).
Bebofatsa (be-bu-fa-tsa) /to easen/ Ho etsa ntho e be bobebe. (bap. nolofatsa).
Becha (be-cha) /bet/ Ho sebedisa chelete bakeng sa ho lotha se tla hlola.
Bedisa (be-di-sa) /boil/ Ketsiso ya ho bela. Ho chesisa metsi. Ho etsa hore metsi kapa
ntho e itseng e be boemong bo chesang, bo nang le mocheso kapa mofuthu.
Befa (bi-fa) /to be angry/ Ho bontsha bohale bo boholo. (bap. kgena).
Befela (bi-fe-la) /angry for/ Ketsetso ya ho befa. Ho halefela. (bap. kgenela).
Befile (be-fi-le) /angry/ E bontshang boteng ba khalefo kapa bohale.
Befisa (be-fi-sa) /to infuriate/ Ketsiso ya ho befa. Ho etsa hore motho a kgene.
Befisana (be-fi-si-na) /to infuriate each other/ Ketsetsano ya ho befisa.
Befisoa (be-fi-swa) // Boetsuwa ba ho befa.
Beha (be-ha) /put down/ Ho tlohela ntho e tshoeroeng ka letsoho ho e beha hodima;
ho isa fatshe kapa hodimo ka sepheo sa ho tshetleha hodima ntho e itseng. ho isa nqa
ya. Mael. Ho beha pelo sekotlolong: ho se potlakele tebello e itseng; ho ba le
mamello ya se tshepisitsoeng le ha se nka nako ho phethahala. Mael. Ho beha ka
mosing: ho ba boemong bo bakang mathata mmoho le ho se tshireletsehe; ho ba
maemong a ka bakang kotsi. Mael. Ho beha matsoho: ho hlohonolofatsa ka ho thetsa
ka diatla kapa seatla hodima hlooho.
Beha (be-ha) /to set conditions/ Ho fana ka se tlamehang ho etsahala bakeng sa
thekiso kapa ditumellano.
Behela (be-he-la) /to lay eggs/ Hoa kgoho: ho ntsha lehe ka setono sa kgoho kapa
nonyana. (bap. fuama).
Beheletsa (be-he-le-tsa) /mulch/ Ho beha matlakala kapa joang bo bosesane bo
ommeng hodima dijalo bakeng sa ho ngobisa mobu le ho bo nchafatsa.
20
21
Beheletsa (be-he-le-tsa) /to lay by/ Ho reka ntle le ho nka se rekiloeng: ho ntsha
chelete bakeng sa se tla nkoa hamorao. (bap. tebeletso).
Behlebehle (bi-hli-bi-hli) /obese, very fat/ Ya mmele o motenya haholo; e kapa ya
dinama tse eketsehileng hofeta tekanyo. Motho ya mmele o mafura haholo hofeta
tekanyo. /bon. dibehlebehle/. (bap. popompo, ntenya, masututsa, polopotloana).
Behletseha (bi-hli-tse-ha) /to walk like obese person/ Ho tsamaya joalo ka motho e
motenya haholo; ho tsitsinyeha joalo ka popompo kapa ntenya.
Behletseho (bi-hli-tse-haw) /a walk of obese person/ Motsamao wa motho e
motenya haholo; motsamao wa ntenya kapa setutla. Motsamao wa motho ya nonneng.
Beisa (be-i-sa) /to race/ Ho etsa tlhodisano ya makoloi kapa ya batho.
Beka (be-ka) /to cut biltong/ Ho seha sehoapa. Ho poma nama bakeng sa ho e omisa.
Beke (be-ke) /week/ Matsatsi a supileng ho tloha Sontaha ho isa Moqobelo. /bon.
dibeke/ Tem. Motho ya neng a reha matsatsi a beke ho ya ka tlhaloso ya batho ba
batsho Afrika e ka borwa o ferekantse sechaba. Lebaka? Letsatsi la boraro la beke le
bitsoa “Labobedi” ha le tlameha ho ba la boraro; letsatsi la bone la beke le bitsoa
“Laboraro” ha le tlameha ho ba la bohlano; letsatsi la bohlano la beke le bitsoa
“Labone”; letsatsi la botshelela la beke le bitsoa “Labohlano” bakeng sa la
botshelela; ha “Moqobelo” le “Sontaha” tsona e le matsatsi a bitsoang hantle, leha
tatellano ya ona le yona e bolela hore Moqebelo ke tsatsi la botshelela leha hose joalo.
Sena se bolela hore babang ba batho ba thetsitsoe ka ho hlalosetsoa hore “Mantaha”
ke tsatsi la pele la beke. Ke mang ya tla lokisa bothata bo? Ha re shebeng matsatsi a
beke ho ya ka Genese (Genesis) kgaolo ya pele le ya bobedi. (bap. sabata).
Bela (be-la) /boiling/ Ho ba boemong bo bakang hore ntho e metsi e tsitsinyehe ke
mocheso. Mael. Dia bela dia hloeba, makgulo ho psha a matala: motho ho tsofala le
ho kgathala ya neng a le motle, matla, mafolofolo ebile a tumme haholo mme a
qetelle a tsofetse, a le mobe ebile a hloka matla le botle.
Belaedisa (be-la-e-di-sa) /doubtful/ Ho etsa hore motho a se tshepe.
Belaela (bi-la-ela) /doubt/ Ho ba le kgwao ka ntho e itseng. Ho se tshepe.
Belaetsa (be-la-ets-a) /suspicious/ Ketsiso ya ho belaela.
Beleha (be-le-ha) /to deliver a baby/ Ho tsoala lesea kapa lekgabunyane. Ho ntsha
ngoana ka setho sa botshehadi.
Belehisa (be-le-hi-sa) /help to deliver a baby/ Ketsiso ya ho beleha.
Belesa (be-le-sa) /to load/ Ho jarisa moroalo. Ho imetsa phoofolo ka moroalo.
Beng (be-ng) /owners/ Batho ba nang le tokelo ya thepa e itseng. (bap. Monga).
Bengbaka (be-ng-ba-ka) /bosses, employers/ (sheb. Mongaka bakeng sa tshebediso).
Bengele (be-ng-e-le) /wrist ornament, bangle/ Mokgabiso o kengoang letsohong;
seka sefaha sa kgauta kapa ntho e ntle e kgabisang letsoho. /bon. dibengele/.
Benghadi (beng-ha-di) /sir(s)/ Bongata ba batho ba hlomphehang. (bap. monghadi).
Beno (be-nu) /your relatives/ Batho ba amanang le wena kapa lona.
Bentsha (ben-ts-ha) /to make shine/ Ketsiso ya ho benya: ho etsa hore ntho e
phatsime kapa e benye.
Benya (ben-ya) /shine/ Ho etsa hore ntho e phatsime kapa e kganye ka ho baka
mahlasedi kapa kganya.
Beodisa (be-o-di-sa) /complete shaving/ Ketsisiso ya ho beola. Ho beola haholo ka
tsela e bakang hore moriri o fele ka botlalo.
Beola (be-ul-a) /shave, make bold/ Ho tlosa moriri hloohong kapa mmeleng.
Bere (be-re) /bear/ E nngwe ya diphoofolo tse kgolo tse boya bo bongata, tse hlaha,
eo hangata e fumanong dibakeng tse batang tsa lefatshe. /bon. dibere/.
21
22
BERE
Berebela (be-re-be-la) /to lock/ Ho notlela ka tshepe e thata. (bap. notlela).
Bereka (be-re-ka) /work/ Ho sebetsa. Ho etsa mosebetsi bakeng sa chelete. Ho
theohela mosebetsing ka sepheo sa ho thola moputso. /bon. Dibere/ Tlh. Lentsoe lena,
“bereka” ke molata wa lentsoe la seburu, “werk”.
Berekisa (be-re-ki-sa) /to use, utilise/ Ho sebedisa. Ketsiso ya ho bereka kapa ho etsa
hore ntho e sebetse. (bap. sebedisa).
Berella (be-rel-la) /press down, compress/ Ho hata ka boima bo boholo ka ho isa
tlase. Ho belesa ka kgatello e bakang ho isa tlase.
Berellana (be-rel-la-na) /to press down each other/ Ketsetsano ya ho berella.
Besa (be-sa) /to make fire/ Ho etsa hore mollo o tuke. Ho hotetsa patsi kapa leshala.
Besa (be-sa) /fry/ Ho pheha sejo, haholo nama, ntle le metsi. (bap. hadika).
Bese (bi-si) /bus/ Sepalangoang se jarang batho ba bangata se tsamayang mmileng;
koloi e kgolo e nkang kapa e kalamisang batho ba bangata ba etang kapa ba yang
mosebetsing. /bon. Dibese/ (sheb. Sepalangoang).
Bese (be-se) /bass/ Mocha wa mmino wa lentsoe le letenya.
Besetsa (be-se-tsa) /to make fire at or for/ Ketsetso ya ho besa. Ho thusa ho besa.
Beso (be-su) /friends, relatives, compatriots/ Bao ke amanang le bona. Ba heso.
Beta (bi-ta) /to rape/ Ho boka ntle le tumello. Ho robala le motho ka dikgoka, ntle le
tumello ya hae. Ho sebedisa matla bakeng sa ho kota. (bap. tharasa). Mael. Ho betoa
ke pelo: ho kgena kapa ho halefa hofeta tekano. Mael. Letshoele le beta poho: ho
sebetsa mmoho ho fana ka matla a ho qeta mosebetsi kapele; kopanelo ya mosebetsi e
potlakisa qeto ya ona.
Betaka (bi-ta-ka) /to rape repeatly/ Phetako ya ho beta. Ho beta ka makgetlo.
Betana (bi-ta-na) // Ketsetsano ya ho beta.
Betana (bi-ta-na) /to wrestle/ Ho dielana kapa ho wisana fatshe ka ho batla ho hlola
papading ya petano.
Betere (bi-ti-ri) /better/ (sheb. Molemo bakeng sa tshebediso).
Betla (be-tla) /sculpt/ Ho etsa ditshoantsho ka patsi, tshepe kapa dintho tse betlehang.
Betla (//) /pave way/ Ho etsa hore maemo a be matle bakeng sa nako e tlang.
Betla (//) (ho betla meno) /expose teeth vigorously/ Ho hlahisa meno ka tsela e
bohale kapa ya khalefo; ho sena ka ho bontsha ho kgena.
Betlela (be-tle-la) /pave way for/ Ketsetso ya ho betla: ho etsetsa emong kapa
hohong maemo a matle bakeng sa nako e tlang. Mohl. Ehlile o betlela bana ba hae
tsela ya kamoso. Ho isa ngoana sekolong ke ho mo betlela bokamoso.
Betsa (bi-tsa) /to beat/ Ho otla ka ntho e itseng.
Betsaka (bi-tsa-ka) /beat repeatly/ Phetako ya ho betsa. Ho otla ha ngata.
Betsetsa (bi-tse-tsa) /to throw at/ Ketsetso ya ho betsa.
Betsetsana (bi-tse-tsa-na) // Ketsetsano ya ho betsa.
Betsoa (bets-wa) /to be defeated/ Boetsuwa ba ho betsa. Ho otloa.
Bidietsa (bi-di-ets-a) /assume, guess/ Ho bua ka ho akanya se ka etsahalang; ho
hlalosa kapa ho lepa ntle le botlalo kapa tsebo e tsitsitseng; ho bua nnete ntle le ho
tseba; ho hlalosa ka ho phopholetsa.
22
23
Bidika (bi-di-ka) /to roll down/ Ho thetheha motheong. Ho ya tlase ka ho thetheha.
Bidikana (bi-di-ka-na) /to roll repeatly/ Ketsahalo ya ho bidika.
Bidikanya (bi-di-kan-ya) /to make to roll down/ Ketsiso ya ho bidikana.
Bile (bi-le) /we then, eventually we/ Ha nako e tsamaya re ile ra; qetellong re
qetelletse re; hamorao re ile ra. (bap. Ile, ebile). Mohl. Re bile ra tsamaya morena a
eso ho fihle kopanong. Ba bile ba kgetha ho qhalana.
Bile (bi-le) /moreso, moreover, on top of that, and/ Ho kenyeletsoa le; mmoho le;
hofeta moo. Mohl. Sehlopha sa batho ba rapelang mmoho ba bile ba kena kereke
kaofela.
Bina (bi-na) /to sing/ Ho etsa mmino ka molomo kapa seletsa.
Binaka (bi-na-ka) /beat badly/ Ho otla ha bohloko. Ho otla ha ngata.
Binakela (bi-na-ke-la) /thwack repeatly/ Ho otlaka kgafetsa. Ho natha ntle le
kgefutso. Ho mamola.
Bintsa (bin-tsa) /to cause to sing/ Ketsiso ya ho bina. Ho etsa hore ho binoe.
Binoa (bin-wa) /sung/ Boetsuwa ba ho bina.
Bipa (bi-pa) /to smother, refuse inhilation/ Ho fedisa phefumoloho ya mabele a
inetsoeng ka metsing ka ho a koahela bakeng sa ho etsa mmela; ho koahela mabela a
ngobisitsoeng hore a se utloe moya bakeng sa ho etsa mmela wa joala.
Bipa (bi-pa) /to be secretive/ Ho pata taba; ho se phatlalatse taba kapa lekunutu; ho
hana ho hlahisa pinyane.
Bipetsa (bi-pe-tsa) /to suffocate, choke, smother/ Ho koala moya. Ho etsa moya o
fele; ho koala moya ka ho kgama.
Bipetsoa (bi-pets-wa) /to be smothered/ Boetsuwa ba ho bipetsa.
Bipile (bi-pi-le) // Bokgale ba ho bipa.
Biri (bi-ri) /beer/ Jwala boo eseng ba setho bo entsoeng ka motsoako wa koro le
opose (hops) ebile bo babababa. /bon. dibiri/ (bap. Boranti, wisiki, jini).
Bito (bit-o) /to come out from the hole suddenly/ Ho tsoa mokoting hanghang.
Bitoha (bit-o-ha) /to erupt/ Ho tsoa mokoting kapa tlasa ntho e itseng hanghang.
Bitoloha (bit-o-lo-ha) // Ketsahalo ya ho bitoha.
Bitsa (bits-a) /to call/ Ho hoeletsa lebitso la ntho kapa motho; ho tlisa kopanong kapa
sebokeng ka ho bolella pejana. Ho tlisa motho kapa phoofolo haufi ka modumo wa
lentsoe kapa ka tsela e itseng.
Bitsana (bi-tsa-na) // Ketsetsano ya ho bitsa. Mael. Bana ba kgoale ba bitsana ka
molodi: moferefereng le bothateng bobong le bobong bana ba motho ba batlana mme
ba thusane.
Bitsetsa (bits-ets-a) /to spell words/ Ho hlalosa lentsoe le ngotsoeng ka ho ngola.
Bitsetsa (bits-ets-a) /to summon, solicit, supplicate/ Ho batlela motho batho bakeng
sa thuso e itseng. Ketsetso ya ho bitsa. Ho isa kgotla ka ho ngolla lengolo.
Bitsitse (bi-tsi-tse) /called/ Bokgale ba ho bitsa.
Bitso (bits-o) /same name/ Ho ba le lebitso le tshoanang le la motho e mong.
Bitsoa (bits-wa) /to be called/ Boetsuwa ba ho bitsa. Ho hoeletsoa. (mm. bitswa).
Bitsokunutu (bi-tso-ku-nu-tu) /password/ Palo e sebedisoang ho bula khomputa kapa
sesebedisoa ke mtho a le mong kapa ya nang le tokelo e joalo. /bon. dibitsokukutu/.
Bitsolebe (bi-tso-li-bi) /portent, portentous/ Hoa lebitso: le bolelang bobe; le
hlolang kapa le bolelang se sa rateheng. /bon. Mabitsomabe/. Mael. Bitsolebe ke
seromo: lebitso le fuwang motho le na le ho hlalosa boemo bo bobe kapa bo botle ba
hae. (bap. Seromo).
Bitsolla (bits-ol-la) /to call one‟s name badly/ Ho bitsa lebitso la motho ka tsela e
mpe. Ho bitsa ka tsela e hlokang tlhompho.
23
24
Bjabjaretsa (bja-bja-rets-a) /to crush bone with teeth/ Ho thuba lesapo ka leino. Ho
choatla lesapo ka meno.
Bjabjaretso (bja-bja-re-tso) /crushing, breakage/ Ketso ya ho bjabjaretsa kapa ho
thuba lesapo ka meno a mohlahaare. (bap. pjapjaretso).
Bjaratsa (bja-rats-a) /to break with force/ Ho thuba ka leino ka matla.
Bjatla (b-ja-tla!) /exclamation: break!/ Lekgotsa le sebedisoang ho fana ka
modumo wa se thubehang ka ho wela fatshe. Mohl. Ya wela fatshe ya re bjatla!
Bjatlanya (bja-tlan-ya) /to throw down with force/ Ho lahlela fatshe ka matla.
Bo (bo) /names plurilizing prefix/ Sehlongoapele se etsang hore mabitso a batho a
be ka bongateng. Mohl. Chitja=bochitja, matshediso=bomatshediso, morui=bomorui
kgaketla=bokgaketla, mme=bomme, raditapole=boraditapole, morojele=bomorojele,
tshepo=botshepo, rapuleng=borapuleng, mmadiepetsane=bommadiepetsane.
Bo (bo) /things pluralizing prefix/ Sehlongoapele se ngatafatsang mabitso a dintho
tse qalang ka “mma” ho di etsa hore di be ka bongateng. Mohl. Mma=bomma,
Mmankgane=bommankgane, mmamokgodutsoane=bommamokgodutsoane, jj.
Boahisane (bo-ahi-sa-ne) /neighbourhood/ Ho phedisana mmoho. Ho ba ngatana hoa
batho tulong e le nngwe. Ho ba tulong e le nngwe kapa sebakeng seleseng.
Boahlodi (bo-a-hlo-di) /judgemental/ Ketso ya ho ahlola kapa ho thola molato;
mosebetsi wa moahlodi. (bap. moahlodi).
Bobatsi (bo-ba-tsi) /strength and healthy/ Ketso ya ho ba batsi kapa sebopeho se
matla sa mmele. Chebahalo ya mmele o phetseng hantle o matla.
Bobatsi (bu-ba-tsi) /Urtila dioica/ Mofuta wa moroho o hlaha wa naheng, oo hangata
o ratang ho mela pela moru, o nang le mahaba a hlabang. /bon. 0/.
Bobe (bu-be) /ugliness/ Tlhokeho ya botle. Ntho kapa sebopeho se hlokang botle
kapa makgethe. Ponahalo kapa ketsahalo e hlokang botle. (bap. mobe, mpe, sebe).
Bobebe (bo-be-be) /easy/ Ka tsela e bonolo. Ha bonolo. Ka mokgoa o seng thata.
Bobebo (bo-be-bu) /light/ E hlokang boima. E sa imeleng. E boima bo bonyane.
Bobedi (bo-be-di) /duo/ Tse kapa ba babedi ba binang kapa ba etsang ketso e itseng.
Bobete (bo-be-te) /solidified blood, clot/ Madi a phoofolo a phehiloeng; madi a
hoammeng a phehoa ho etsa sejo. /bon. 0/.
Bobetli (bo-be-tli) /art, sculpture/ Tsebo ya ho betla: ho etsa ditshoantsho ka patsi,
tshepe kapa dintho tse betlehang. (bap. mobetli).
Bobi (bo-bi) /wasp/ Mofuta wa kokoanyana ya lelapa la notshi e fofang, e lomang ha
bohloko haholo. /bon. 0/.
Bobodu (bu-bo-du) /corruption/ Ketso ya ho qhekanyetsa kapa ho jalletsa. Hoa
sebopeho sa motho kapa batho: ketso ya ho bola: ho nka le ho sebedisa chelete kapa
thepa ya mmuso kapa ya mosebetsi ka boqhekanyetsi; tloaelo ya ho utsoa thoto kapa
diphahlo tsa mosebetsi ntle le tumello ya ramosebetsi. (bap. polo).
Bobokanya (bu-bu-kan-ya) // Ho etsa hore ntho di be mmoho jwalo ka dikokonyana;
ho dula mmoho hoa dikokonyana. (bap. kgobokanya).
Bobola (bo-bo-la) /to sound sick/ Ho etsa modumo wa motho kapa ntho e kulang; ho
buela fatshe haholo joalo ka sekulane.
Bobolela (bo-bo-le-la) /cause to sound sick/ Ketsetso ya ho bobola.
Bobona (bu-bo-na) /themselves/ Batho ba itseng ntle le babang.
Boborana (bo-bo-ra-na) /to cluster/ Ho kgoborana, ho dula mmoho ka sehlopha se
sengata kapa ho aha mmoho.
Bobotheha (bo-bot-he-ha) /to smile like a sick person/ Ho tseha hoa motho ya
kulang kapa ya bohlokong. (bap. lebonyo, leboso, bososela, bojabotsheha).
24
25
Bocha (bu-cha) /youthfulness/ Boemo ba motho ya so nyaleng empa ese lesea;
boemo bo tlase ba dilemo tsa motho.
Bocha (bu-cha) /new/ Boemo bo nchafetseng kapa bo nang le phetoho e sa tshoaneng
le ya kgale. (bap. ncha, secha, mocha, lecha).
Bochaba (bu-cha-ba) /nationality, nationalism, patriotism/ Lerato la naha, moetlo,
mokgoa, tloaelo le puo ya yona; pontsho ya lerato la naha mabapi le moetlo, setho,
tloaelo le puo ya yona. /bon. Bochaba/ (bap. sechaba).
Bochabela (bo-cha-be-la) /east/ Moo letsatsi le chabang teng kapa le hlahang teng;
sebaka seo ho dulang batho kapa motho wa bochabela. Sebaka se shebaneng kapa se
lebaneng le bophirima.
Bochaki (bo-cha-ki) /a visit/ Ketso ya ho chaka. Ketso ya ho etela kaekae.
Bochaki (bo-cha-ki) /tourism/ Tloaelo ya ho etela dibaka tse ncha ka sepheo sa
boithabiso le ho hahlaula. (bap. Bohahlaudi).
Bochobocho (bo-cho-bo-cho) /soft and gentle/ E bonolo ha ho duloa hodima yona.
Bochobolo (bu-chaw-baw-law) /rudeness/ Ketso ya ho chobola: pontsho ya puo e
mpe kgahlanong le motho emong; tshebediso ya mantsoe a mabe kgahlanong le
motho; bohale bo hlokang kelello. (bap. Chobolo).
Bochosela (bo-cho-se-la) /soft and gentle/ E bonolo ha ho duloa hodima yona; enang
le kutloahalo ya ho bothosela. (bap. bothosela).
Bodiba (bo-di-ba) /pond/ Metsi a noka a entseng letsha le leholo. Pokello e tebileng
ya metsi a noka /bon. madiba/ Mael. Madiba ho psha a matala: ho shoa hoa morena e
moholo, ho fela hoa lerua le leholohadi le ho wa hoa motho e moholo sechabeng. Ho
fela hoa ntho ya bohlokoa e phetseng nako e telele.
Bodiba (bo-di-ba) /floating star, limosella capensis/ Mofuta wa semela se melang ka
ho phaphamala hodima metsi kapa mahlakoreng a ona. /bon. Madiba/.
Bodila (bo-di-la) /common pink sorrel/ Mofuta wa semela se nang le tatso e
hoayahoayang ka hanong; se hlahisang dithunthuru tse kgubetsoana; se nang le
kutloahalo e bohale ya tatso lelemeng le qoqothong. Mofuta wa semela se senyane se
hlahisang dithunthuru tse kgubetsoana; seo mahlaku a sona a nang le karoloana tse
tharo; ebile se ka sebedisoa joalo ka mokgabiso wa serapana. /bon. Bodila/.
Bodila (bo-di-la) /sour/ Enang le tatso ya finika.
Bodile (bo-di-le) /rotten, decomposed/ E senyehileng tatso, sebopeho kapa chebeho.
Bodimo (bo-di-mo) /canibalism/ Boemo ba ho ja motho kapa batho. Boemo kapa
ketso ya seja batho. Tloaelo ya ledimo.
Bodisa (bu-di-sa) /sherperdness/ Ketso ya ho shebana le mohlape kapa diphoofolo:
mosebetsi le tloaelo ya modisana kapa modise.
Bodisa (bo-di-sa) /to decompose/ Ho etsa hore ntho e bole kapa e senyehe.
Boditsi (bo-di-tsi) /long tail hair/ Boya ba mohatla wa phoofolo bo bolelele haholo
boo ka nako tse ding bo sebedisoang ho etsa lechoba. /bon. maditsi/.
Bodulo (bo-du-law) /residence/ Sebaka seo motho a dulang ho sona. Moaho wa
motho. Lehae la ntho e phelang joalo ka motho. (bap. Seahelo).
Bodumedi (bo-du-me-di) /religion/ Ketso ya ho dumela. Mokgoa wa tumelo e itseng;
boemo ba ho kgoloa ho mekgoa le ditloaelo tse fapaneng le tse ding; tumelo ya
semoya e mabapi le ketsahalo e itseng.
Bodutli (bo-du-tli) /discharge, emission, seepage, secretion/ Ketso ya ho dutla: ho
tsoa hoa metsi kapa lero sebakeng se nang le puleho; boemo ba ho phalla hoa metsi ho
tsoa lesobeng. Lefu le bakang ho tsoa lero sethong seseng sa mmele.
Bodutu (bo-du-tu) /loneliness/ Tlhokeho ya boithabiso kapa monyaka. Ho se be
monate kapa bosio ba ntho e tshehisang kapa e nyakallisang.
25
26
Boeha (bo-e-ha) /lovely/ E ratehang kapa e shebahalang hantle. E ntle ho leihlo.
Boeki (bo-e-ki) /betrayal, disloyalty/ Ketso ya ho eka. Mokgoa wa moeki. Ho phoqa
ho sa lebelloa. Ho etsetsa wa heno phoso ka bomenemene. (bap. Keko).
Boela (bo-el-a) /to go again, back slide/ Ho kgutlela hape. Ho etsa ketso ya kgale.
Boelana (bo-e-la-na) /to reconcile/ Ho kgutlelana ka ho kgema mmoho hape; ho
tshoarelana melato le diphoso; ho jarelana mefokolo.
Boemafofane (bu-ema-fu-fa-ni) /airport/ Sebaka seo sefofane se fihlelang teng; moo
sefofane kapa difofane di theohelang teng ka mora ho fofa. Setsi sa dipalangoang tse
fofang. /bon. maemafofane/.
Boemakepe (bu-ema-ke-pe) /seaport, harbour/ Sebaka seo sekepe se fihlelang teng;
moo dikepe kapa sekepe se emisang teng ka mora leeto. /bon. maemakepe/
Boemanotshi (bo-ema-nots-hi) /nonalignment/ Hoa naha: ketso ya ho se amane le
letho la dinaha tse ding. Ho ikemela hoa naha ka ho se etse dilekane le tse ding.
Boemedi (bo-e-me-di) /representativeness, representativity/ Ketso ya ho emela
kapa ho nka sebaka sa motho emong. Boemo ba ho ema bakeng sa.
Boemo (bo-e-maw) /state of/ Tsela kapa mokgoa oo ntho kapa ketsahalo e etsahalang
ka yona; lebaka le hlalosang ketso kapa ketsahalo. /bon. Maemo/ Mohl. Boemo ba
hae ha bo mo dumelle hore a ka tsoela pele.
Boemo (bo-e-maw) /status, rank/ Tlhaloso ya ntho kapa motho ka sebopeho,
mosebetsi, ketsahalo kapa bophelo. Sebopeho sa motho ha se bapisoa le borui kapa
bofutsana ba hae. /bon. Maemo/ Mohl. Monghadi Motsepe ke motho wa boemo bo
hodimo. Kaizer Motaung le yena ke monna wa boemo bo phahameng.
Boemo (bo-e-maw) /condition, position/ Sebopeho sa ntho, maikutlo kapa mmele o
hlokang bophelo bo botle kapa bokudi. /bon. Maemo/ (bap. seemo).
Boemo (bo-e-maw) /stage/ Nako ya sebopeho, tloaelo, mokgoa le diketso tsa motho
nakong eo a etsang ntho tse itseng; nako eo dintho tse fapaneng le tsa pele di
etsahalang ka yona. /bon. Maemo/ Mohl. Boemo boo a leng ho bona ba papdi bo ka
nna ba mo tsoela molemo.
Boena (bo-in-a) /brotherhood, fraternity/ Kamano e ntle ya motho le batho ba habo.
Boena (bo-ye-na (boyena) /self/ Motho ntle le ba bang. Mmuuwa ka botlalo, ntle le
mmuiswa. Tlh. Lentsoe le nepahetseng haholo ke “boyena” hofeta “boena”. (bap.
bosona, botsona, bolona, boyona).
Boetapele (bu-eta-pi-li) /leadership/ Ketso ya ho etella pele: boemo ba ho ba
moetapele; ho ba ya laolang tsamaiso ya sehlopha, sechaba, mokga, batho kapa
tshebeletso. /bon. Baetapele/. (bap. Ketapele, moetapele).
Boetse (bu-e-tse) /hairy/ E tletseng boya kapa moriri. (bap. moetse, mohoete).
Boetsi (bo-e-tsi) // Ketso ya ho etsa. (sheb. Boetsuwa bakeng sa tshebediso).
Boetsuwa (bo-etsu-wa) // Ketso e etsahalang ho moetsi kapa monga taba. Lentsoe le
bontshang hore ketso e etsoa ho moetsi ke moetsuwa kapa ntho e itseng. Mohl. otloa,
nathoa, bitsoa, noesoa, chakeloa, tsamaisoa, kalamisoa, palamisoa, potlakisoa, jj.
Boetsuwa (bo-etsu-wa) /part participle/ Lentsoe le bontshang hore ketso kapa
ketsahalo e qeta ho etsoa ho moetsuwa kapa mmuwisoa; moetsi kapa mmuwi le ho
mmuuwa kapa motho wa boraro ntle le ho bontsha bokgale hakalo. Mohl. shapjoa,
tsamaisoa, thabisoa, ratoa, nathoa, shejoa, rongoa, sebedisoa, shasharoa, rutoa, jesoa,
badisoa, jj. Tlh. Amang a mantsoe a boetsuwa a sebedisoa joalo ka bokgale le
boetsuwa moelelong wa ona: joalo ka shapiloe, tsamaisitsoe, thabisitsoe, ratiloe,
nathiwe/nathiloe, shebiloe, ronngwe, rutuwe, jj).
Bofa (bo-fa) /to tie/ Ho tlama ka thapo kapa ntho e tlamang.
Bofa (bo-fa) /to commit/ Ho kenya motho ditabeng tsa leshano. (bap. Etseletsa).
26
27
Bofani (bu-fa-ni) /generosity/ Hoa mekgoa ya motho: ya fanang, ya letshoho le
lelelele, ya nehelang ka lerato ntle le ho tsilatsila. (mm. Fa, file, fana, fanana, fiwe)
Bofanyi (bo-fan-yi) /erroneousness/ Ketso ya ho fanya kapa ho fosa.
Bofe (bu-fe) /which one/ Lebotsa le botsang lentsoe le qalang ka “B”.
Bofebe (bo-fe-be) /adultery, fornication, promiscuity/ Ketso ya ho bokana ntle le
lenyalo; thobalano e manyala. Ho robala le batho ba bangata ba fapaneng ka sepheo
sa ho kgotsofatsa takatso tsa nama. Ho hloleha ho itshoara mabapi le kotano. Kotano
kapa thobalano e hlokang boitshoaro. (bap. Sefebe, botekatsi).
Bofeela (bu-fe-ela) /nakedness/ Ntle le diaparo: ho se be le diphahlo mmeleng;
tlhokeho ya diaparo kapa seaparo mmeleng. /bon. mafeela/ (bap. lefeela).
Bofefo (bo-fe-fu) /light/ E hlokang boima kapa kimelo. E bobebe haholo. (bap.
bobebe, bobebo).
Bofela (bo-fe-la) /nakedness/ Ntle le seaparo kapa diaparo. E sa aparang diphahlo. E
feela ntle le seaparo. Tlh. Lentsoe le nepahetseng haholo ke “bofeela”. (bap. bofeela).
Bofelo (bu-fe-law) /an end/ Pheletso ya ntho kapa qetello ya yona. (bap. phello).
Boferekanyi (bo-fe-re-kan-yi) /terrorism/ Ketso ya ho ferekanya kapa ya
moferekanyi: ketso tsa motho ya bakang boemo ba pherekano, sephethephethe,
morusu, letshethetshethe, lejojo, mokutu le tlhokeho ya botsitso; mekgoa ya motho ya
chehang maraba a diqhomane ka sesupo le tumelo ya tokoloho ho ba direng; ketso tsa
motho ya ferekanyang kapa wa morero wa ho kopakopanya sechaba le naha ka
diketso tse akgang morusu. /bon. 0/ (bap. moferekanyi, pherekano).
Boferene (bo-fe-re-ne) /vagabonce/ Ho tsamaya ntle le moreho o tsebahalang.
Bofetoa (Bo-fet-wa) /spinstership/ Boemo ba ho se nyaloe kapa ho hloka monna.
Bofifi (bo-fi-fi) /mourning, bereavament/ Ketso ya ho ba bohlokong ka baka la lefu
kapa ho lahleheloa ke molekane kapa moratuwa.
Bofokodi (bu-fo-ko-di) /weakness/ Boemo ba ho hloka matla a mmele kapa kelello.
Bofolla (bo-fol-la) /untire/ Ho tlosa ntho e tlammeng kapa e thatetseng ntho e itseng.
Bofollisa (bo-fol-li-sa) /to help untire/ Ketsiso kapa ketsollo ya ho bofolla.
Bofubedu (bo-fu-be-du) /redish, redishness/ E mmala wa madi kapa lelakabe la
mollo o tukang.
Bofuma (bo-fu-ma) /poverty, destitute/ Boemo ba ho hloka kapa ho se be le letho;
boemo ba ho ba mokopakopa: ho ba motho ya kopang ka baka la tlhopheho.
Bofumahadi (bo-fu-ma-ha-di) /status of being Mrs/ Boemo ba ho ba mofumahadi
kapa mosadi wa morena. Boemo ba ho ba mosadi wa monna ya nyetseng ka molao.
Molekane wa monna emong. (bap. mofumahadi).
Bofumahatsana (bp-fu-ma-ha-tsa-na) /status of being a Miss/ Boemo ba ho ba
mosetsana ya so nyalloeng. (bap. mofumahatsana).
Bofutsana (bo-fu-tsa-na) /poverty/ Boemo ba ho futsaneha kapa ho ba mofutsana.
Boha (bo-ha) /stare/ Ho sheba, tadima kapa ho lebisa leihlo ketsahalong e itseng.
Bohadi (bo-ha-di) /groom‟s dowry/ Tefo ya monyadi ho ba bo monyaduwa: se
lefelloang bakeng sa ngoanana kapa mosetsana ya nyaloang. /bon. mahadi/. Mael.
Ho thethesa bohadi: puisano e mabapi le tumellano ya dikgomo kapa tefo e amanang
le nyalo la moroetsana ke mohlankana. Mael. Ho hlabisa bohadi: mokete wa lenyalo
ka mora hore monyadi a qete tefello (bohadi) ho ba ha bo monyaduwa, oo ho ona ho
hlajoang kgomo mme ba bo mosadi le monna mmoho le bamemuwa ba keteke ka ho
etsa diketso tse amanang le keteko eo.
Bohadi (bo-ha-di) /dowry ceremony/ Mokete wa ho ntsha tefo ya lenyalo. Sekepele.
27
28
Bohahlaodi (bo-ha-hla-u-di) /tourism/ Ketso ya ho hahlaula kapa ya mohahlaudi: ho
tsamaya le dibaka tsa naha kapa lefatshe ka sepheo sa leeto. Tsebo ya dibaka tse
fapaneng tsa naha kapa lefatshe le tsohle tse ho lona. (bap. Bochaki).
Bohale (bo-ha-li) /cantenkerous, wild, sharp/ Ya sebopeho se halefileng kapa sa ho
halefa; hoa motho, ntho kapa phoofolo e hlokang kgotso; hoa sesebedisoa se sehang
ka bonolo kapa ka potlako. Mael. Mma ngoana o tshoara thipa ka bohaleng:
motsoadi e motshehadi wa motho o tshireletsa ngoana wa hae ka tsela tsohle tseo
anang le tsona le ha ho le thata joang.
Bohale (//) /heroism, legentary/ Boemo ba ho hlola ntoa. Diketso tsa mohale kapa
motho ya hlolang ntoa. (bap. mohale).
Bohanka (bu-ha-nka) /imperialism/ Mokgoa, tloalo kapa lepetjo la sehanka kapa
motho ya matla haholo; mokgoa wa mmuso o tloaetseng ho nkela mebuso e menyane
tseo e nang le tsona ka lebaka la matla a maholo. Tloaelo ya naha enngwe ya ho hapa
tseding ka lebaka la matla. (bap. sehanka).
Bohanyatha (bo-han-yat-a) /gigantism/ Boemo ba ho ba le mmele o moholo;
chebeho ya mmele wa sehanyatha.
Bohanyatsa (bo-han-yats-a) /of maze: unripe/ Boemo ba poone e so butsoeng.
Bohanyele (bo-han-yel-e) /terrorism/ Boemo kapa ketso ya sehanyele: toantsho ya
muso wa naha; ho ba kgahlanong le puso ya naha ka ho loana kapa ho nka dihlomo
kgahlanong le yona. (bap. sehanyele).
Bohanyetsi (bu-han-ye-tsi) /opposition/ Hoa diketso le boemo ba motho: ya
bontshang ho hanyetsa, ya sa dumellaneng le mokga o mong; ya sa dumellaneng le
maikutlo le diketso tsa mokgatlo o mong; motho ya hananang le puo, tloaelo,
ketsahalo ya badireng. (bap. mohanyetsi).
Bohare (bo-ha-ri) /centre, middle/ Dipakeng tsa ntho tse itseng. (bap. mahareng)
Bohareng (bu-ha-re-ng) /at the centre, middle/ Hara ntho tse itseng kapa mahareng.
Bohashana (bo-ha-sha-na) /small quantity/ Ya seemo se senyane ka sebopeho.
Bohata (bo-hat-a) /untruthfulness, untrustworthy/ E hlokang nnete kapa bonnete.
Bohato (bo-hat-aw) /step, action/ Ketso ya ho etsa lethonyana ka ketsahalo e itseng.
Bohato (bo-hat-aw) /sole/ Sebaka sa leoto se ka pele ho serethe moo leoto le nang le
masapo a manoanyetso. Bokatlase bo kapele ba seeta kapa seqhathola. /bon. Mehato/.
Bohatsu (bo-hats-u) /numbness/ Boemo ba ho felloa ke kutlo ya setho sa mmele ka
lebaka le itseng.
Bohelehele (bo-he-le-he-le) /act of gossiping/ Mosebetsi wa lehelehele: boemo ba ho
seba kapa ho bua ka babang ka nako tsohle.
Bohetene (bo-he-te-ni) /heathenism/ Ketso ya mohetene kapa ho se dumele
tumelong. Boemo ba motho wa diketso tse mpe, tse sa rateheng, tse tsamaisanang le
ho ba kgahlanong le bodumedi.
Bohla (bo-hla) /break air, belch/ Ho ntsha moya ka molomo ka baka la se jeweng
kapa boemo ba bokahare ba mala.
Bohlabane (bo-hla-ba-ne) /heroism, legendary/ Boemo ba mohlabane kapa mohlodi:
boemo ba motho ya hlotseng ntoa; ya loanang ka bokgabane ka sepheo sa ho hlola le
ho hapa; ya bontshang bompodi ntoeng; ya tummeng ka tlholo kapa khapo; ya
tloaelehileng mekgoeng ya ho hlola.
Bohlabaphio (bo-hla-ba-pi-o) (bohlaba-phio) /conspiracy, scheming/ Ketso ya
lehlabaphio: boemo ba motho ya rekisang ba habo ho ba direng; motho ya nkang
ditaba tsa mokgatlo kapa mokga wa habo ho di phatlalatsa mokgeng kapa mokgatlong
o mong; ya lahlehisang sehlopha sa habo ka ho tshehetsa sehlopha seseng.
28
29
Bohlahlobi (bo-hla-hlu-bi) /inspection/ Mosebetsi wa mohlahlobi; diketso tsa motho
ya hlahlobang: ya shebisisang tokafalo ya dintho.
Bohlale (bo-hla-li) /wisdom, wise/ Boemo ba tsebo e kgolo ya tlholeho e sa
itshetlehang dithutong tsa sekolo kapa tsa batho.Tsebo ya ho etsa ntho kapa ketso e
itseng ka bobebe ba tlholeho kapa ba tsoalo. /bon. Mahlale/. Mael. Sethoto ke lefa la
ba bohlale: motho ya hlokang bohlale o nkeloa leruo kapa tse ntle tseo a nang le tsona
ke ba hlalefileng.
Bohlale (bo-hla-le) /intelligence, intelligent/ Tsebo ya dithuto tsa sekolo; tlhalefo e
mabapi le thuto ya sekolo le diketso tsa teng. Bokgoni ba ho etsa dintho tsa letsatsi le
letsatsi ntle le thupello e phethahetseng. Ketso ya ramahlale kapa rabohlale. Botsebi
ba ho etsa ntho tse ngatanyana ntle le ho rutoa. /bon. Mahlale/ (bap. Masene).
Bohlanka (bo-hla-nka) /slavery, surbodination/ Boemo ba ho mamela molaodi le
molao wa hae. Boemo ba ho ba lekgoba la motho ya itseng.
Bohlankana (bo-hla-nka-na) /ladhood/ Boemo ba motho e motona ya so nyaleng
empa ese ngoana. Motho e motona ya fitileng dilemo tsa bongoana empa a so nyale.
Bohlano (bo-hla-nu) /pentagon/ E mahlakore a mahlano kapa e nang le ntlha tse
hlano. (bap. sehlano, hlano).
Bohlanya (bo-hlan-ya) /madness, insanity/ Boemo ba bokudi ba hlooho bo bakang
hore ketso tsa motho di hloke botsitso kapa tloaeleho. Mokgoa wa lehlanya.
Bohlasoa (bo-hla-swa) /untidiness/ Tlhokeho ya makgethe. Ketso ya ho etsa ntho tse
hlokang bohloeki kapa boqhetseke. (mm. bohlaswa).
Bohle (bo-hle) /all, of people/ Leakaretsi le bontshang ntho ka sebopeho sa yona
kaofela. Lentsoe le akaretsang seo kapa tseo ho buuwang ka tsona ka botlalo. Batho
ka kakaretso kapa kaofela. Seemedi kakaretso se sebedisoang ho hlalosa batho ka
bongata. (bap. ohle) Mohl. Batho bohle ba tsamaile mmoho le dintja tsohle.
Bohlela (bo-hle-la) /to decrease, to dwiddle/ Ho kokobela hoa ntho e kokomohang
kapa e phahameng. Ho eba boholong.
Bohlela (bo-hle-la) /to break air towards/ Ketsetso ya ho bohla. Ho etsa kapa ho
baka ho bohla.
Bohlisa (bo-hli-sa) /to lessen constipation/ Ketsiso ya ho bohla. Ho thusa ho bohla le
ho fedisa kapa ho fokotsa ho pipitloela.
Bohlisaka (bo-hli-sa-ka) /to lessen constipation repeatly/ Phetako ya ho bohla.
Bohlo (bu-hlu) /exclamation: emptish from a bag/ Lekgotsa le bontshang ho tsoa
hoa ntho e itseng ka hara mokotla kapa setshelo.
Bohloa (bo-hlwa) (bohlwa)/ant/ Mofuta wa kokoanyana e nyane e dulang e bonahala
e sebetsa ka ho nka, ho isa le ho aha ka nako tsohle. /bon. 0/.
Bohloeki (bo-hlwe-ki) /tidiness, handiness/ Ponahalo ya makgethe kapa ho hloeka:
boemo ba ho ba ntle le ditshila kapa tshilafatso. Bosio ba bohlasoa. (mm. bohlweki).
Bohlohloni (bo-hlo-hlo-ni) /itchiness/ Boteng ba ho ingoaya kapa ho hlohloneloa.
Bohloki (bo-hlo-ki) /poverty/ Ketso ya ho hloka kapa ho se be le letho: boemo ba ho
futsaneha; boemo ba mohloki kapa mohlophehi.
Bohloko (bo-hlu-ku) /pain/ Kutlo ya ho opeloa ke setho se itseng sa mmele kapa ho
ba le maikutlo a seng monate. (bap. hlokofatsa, lehlaba).
Bohlokoa (bo-hlo-kwa) (bohlokwa) /important/ Ntho e molemo, e hlokoang kapa e
batlahalang hofeta tse ding tse ngata.
Bohlola (bu-hlo-la) /fornication, promiscuity/ Ketso ya sehlola kapa motho ya
hlolang: ya tsamayang a robala hohle pele ho lenyalo; ya bokanang le babang ka ntle
ho lenyalo. mokgoa wa ho tsamaya le bosiu ka sepheo sa ho bokana le motho emong.
29
30
Bohlomphehi (bo-hlom-pe-hi) /gentlemanliness/ Boemo ba motho ya hlomphehang
kapa wa diketso tse mekgoa e hodimo e metle. Mokgoa wa mohlomphehi.
Bohlonami (bo-hlo-na-mi) /sadness/ Ketso ya ho hlonama: ho se be monate; ho hloka
monate kapa tlhokeho ya ho thaba. (bap. Tlhonamo).
Bohlotsa (bo-hlu-tsa) /empty/ Ho tsholla ntho eo eseng metsi ho tsoa mokotleng kapa
setshelong. Ho qhatsa ho tsoa ho mmethe kapa setshelo.
Bohlotseha (bu-hlu-tse-ha) /to come out of a bag or container/ Ketsahalo ya ho
bohlotsa kapa ho tsoa mmetheng kapa mokotleng.
Bohoa (bu-hwa) /in-laws‟s place/ Moo motho a nyetseng teng. Habo mosadi ya
nyetsoeng; lapeng la bo mosadi. /bon. 0/ (bap. bohoeng) (mm. bohwa, bohweng).
Bohoba (Bo-hu-ba) /traditional Sesotho dancing and singing/ Ketso ya ho ba
sehoba kapa ho ba sebini sa mmino wa Sesotho. Tsebo ya mmino wa Sesotho ya
banna kapa batho ba batona. Ho bina joalo ka Sehoba.
Bohobe (bu-ho-be) /bread, staple food/ Sejo se entsoeng ka phofo ya koro kapa ya
poone ebile se tloaelehile haholo sechabeng. Sejo se ikgethang se entsoeng ka ho
bedisa hlama ka tomoso mme se phehoe ka ho futhumatsoa le ho kokomosoa ke
mofuthu wa mosi wa metsi. /bon. mahobe/.
Bohodimo (bo-ho-di-mu) /height/ Bophahamo ba motho kapa ntho e itseng ka ho ya
hodimo kapa ha e lekanyoa ka botlase le bophahamo. (bap. bolelele).
Bohoehadi (bo-hwe-ha-di) /belonging to the in-laws/ Boemo ba ho ba mohoehadi:
ho ba le kamano ya lenyalo le motho ya nyetseng moradi wa hao. (mm. bohwehadi).
Bohoeng (bo-hwe-ng) (bohweng) /at the in-laws place/ Sebaka seo motho a nyetseng
mosadi ho sona; moo motho a nyetseng teng. Habo mosadi ya nyetsoeng; lapeng la bo
mosadi. (mm. Bohweng) Mael. Selepe sa bohoeng se ratha se iname: mokgoenyana
o thusa ka tsohle tseo anang le tsona moo a nyetseng teng ho sa tsotellehe boima ba
seo a tlamehang ho se etsa. Mael. Le sele ebile le sele le bohoeng ba ntja: ha ho
ponahalo ya maru hohle lehodimong kapa sepakapakeng.
Bohoete (bu-hwe-te)(bohwete) /body hair/ Boya bo hlahang kapa bo bonahalang
mmeleng wa motho. /bon. Bohoete/ (bap. Maboya, boya, moriri, lenyetse).
Bohoho (bu-haw-haw) /meal crust/ Letlalo la bohobe le cheleng kapa le tiileng;
letlalo la sejo se itseng ha se chele. /bon. mahoho/ (bap. bokhokho, lekhalokhalo).
Bohojana (bu-haw-ja-na) /little meal/ Bohobe bo bonyane. /bon. mahojana/
Bohola (bu-ho-la) /bark/ Hoa ntja: ho etsa modumo kapa sello sa khalefo kapa
bohale ba ntja; ho lla hoa ntja kapa phoofolo e tshoanang le yona. (bap. hobula).
Bohole (bu-haw-le) /paraplegic/ Boemo ba ho ba sehole: ho lemala setho se itseng sa
mmele kapa kelello. Tshitiseho ya ho etsa ntho ka baka la kotsi ya boko kapa setho sa
mmele. Boemo ba motho ya sa itekanelang kelellong eo ditho tsa hae tsa mmele di
holofetseng, kapa eo a sa kgoneng ho fana ka puo e nang le botsitso; ya nang le
lenama la ho utloisisa ka baka la sebopeho sa boko kapa kelello ya hae; eo a sa
tsebeng ho etsa ntho tse tloaelehileng ka baka la bokudi ba kelello kapa ditho tsa hae
tsa mmele. (bap. boqhoala).
Bohole (bu-hu-le) /distance, far/ Boemo ba ho se be haufi: sebaka se nkang nako ho
fihla ho sona. Nako e telele ya ho tsamaya kapa ho fihla moo ho uwang.
Boholo (bu-hu-lu) /greatness/ Boemo ba ho ba kgolo ka sebopeho kapa mmele;
ponahalo e sephara bo kopaneng le botenya le bolelele.
Bohome (bu-hu-me) // Mofuta wa semela se nang le peo e homelang kapa e hlabang
ha e omme. Peo ya semela sa naha se hlabang ka ho homela. (bap. tshehlo).
Bohwai (bo-hwa-i) (bohoai) /soil husbandry/ Boemo ba ho sebetsa ka mobu, sejalo
le seruuwa. Mosebetsi wa sehwai kapa motho ya jalang. (mm. sehoai).
30
31
Boi (bo-i) /coward/ E tshabang ho loana, ho bua kapa ho kena ditabeng. Mohl. Ba boi
ba cheche. Mael. Masene ha se boi: bohlale ha se bokoala
Boi (//) /stage freight/ Ya tshababang ho bua hara mokgopi kapa sechaba.
Boi (bo-i) /prefix for verbs starting with „I‟/ Sehlongoapele se sebedisoang pele ho
maetsi (verbs) a qalang ka tlhaku “I”. Sehlongoapele se sebedisoang ho etsa leiketsi
ebe lereho kapa lebitso. Mohl. itshoara=boitshoaro, itlhopha=boitlhopho,
imamela=boimamelo, inahana=boinahano, ipontsha=boipontsho, jj.
Boichadimo (bo-icha-di-mo) /self-centredness, selfishness/ Ketso ya ho ichadima le
boiketsi ba ho shadima.
Boichahliso (bo-icha-hli-so) /self trained, exercise/ Ketso ya ho ichahlisa. Boiketsi
ba ho shahlisa. Ketso ya ho etsa hore mmele o shahle kapa o be boemong bo botle.
Boichebo (bo-iche-bo) /self interestedness, self centerdness/ Ketso ya ho icheba:
boiketsi ba ho sheba. Boemo ba ho natsana le bowena feela.
Boichebo (bo-iche-bo) /introvertness/ Boemo ba motho ya nkang nako e ngata a
nahana ka ena feela, seo a se batlang a le mong ebile a batla bomong ba hae feela.
Boicheno (boi-che-naw) /self folding/ Ketso ya ho ichena: ho etsa hore ntho e
phuthoe ka tsela eo eleng nyane haholo. (bap. cheno, chenano).
Boichoehelo (boi-chwe-he-law) /self shiting/ Ketso ya ho ichoehela: ho kaka ntle le
ho tshoara masepa; ho nyela ntle le taolo ya moetsi wa ketso eo.
Boichopodiso (boi-cho-pu-di-so) /self freeing/ Ketso ya ho ichopodisa: ho chopola
kapa ho chopoha ntle le ho thusoa.
Boikabelo (bo-ika-be-lo) /self sharing/ Ketso ya ho ikabela. Boiketsi ba ho abela. Ho
arolela wena feela. (bap. Aba).
Boikabelo (bo-ika-be-lo) /destiny/ Ketsahalo e hlahang ho ratoa kapa ho sa ratoe e
bakoang ke tlholeho. Boemo bo etsahalang bo sa reroa. (bap. Kabelo).
Boikaho (bo-ika-ho) /self development/ Ketso ya ho ikaha kapa ho lokisa bowena ba
hao feela. Boiketsi ba ho aha.
Boikaketsi (bo-ika-ke-tsi) /hypocrism/ (sheb. Boikaketso bakeng sa tshebediso).
Boikaketso (bo-ika-ke-tsi) (boikaketsi) /hypocrism/ Boemo ba motho ya buang seo a
sa se etseng; ya rutang seo a sa se etseng; ya hlokang nnete empa a batla ho joetsoa
nnete; wa diketso tse hananang le seo a se buang. (bap. moikaketsi, kaketso, ikaketsa)
Boikano (bo-ikan-aw) /undertaking/ Ketso ya ho ikana kapa ho nka boikarabelo bo
tletseng. Boiketsi ba ho kana. (bap. Kano).
Boikaparo (bo-ikap-aro) /poverty/ Boemo ba ho hloka kapa ho se be le letho. Ketso
ya ho ikapara kapa ho hloka.
Boikapolo (bo-ikap-ul-o) /nakedness/ Ketso ya ho apola kapa ho tsola phahlo e
mmeleng. Ketso ya ho ba ntle le ho apara. Boiketsi ba o apola.
Boikarabello (bo-ika-ra-bel-law) /responsibility, accountability/ Ketso ya ho etsa
mosebetsi o itseng ntle le ho laeloa kapa ho susumetsoa; tloaelo ya ho nka qeto e
nepahetseng ntle le tshutshumetso; boemo ba ho jara phoso e ka hlahang ka baka la
qeto e nkuweng. /bon. Maikarabello/ Tem. “boikarebello” le “boikarabelo” ke
mantsoe a mabedi a bolelang ntho e le nngwe.
Boikarabelo (bo-ika-ra-be-lo) /answerability, accountability/ Ketso ya ho ikarabela
kapa ho amohela seo o se etsang. Boiketsi ba ho arabela.
Boikarabo (bo-ika-rab-o) /self answering/ Ketso ya ho ikaraba kapa ho ipha karabo;
ho etsa hore potso e hlalosoe kapa e hlalosehe ka bowena.
Boikarolo (bo-ika-ru-lo) /self division/ Ketso ya ho ikarola kapa ho etsa hore ntho di
be pedi kapa ngata. Boiketsi ba ho arola. (Bap. Arola).
31
32
Boikarolo (bo-ika-ru-lo) /binary fision/ Boemo ba dikokoanahloko kapa
diphoofotsoana tse sa bonahaleng ka mahlo ha di ngatafala ntle le thobaloano.
Boikatoloso (bo-ika-tu-lu-so) /self raising, self enrichment/ Ketso ya ho ikatolosa
kapa ho ikeketsa. Boiketsi ba ho atolosa. Ho iketsa boholo.
Boikatametso (bo-ika-ta-me-tso) /affiliation/ Ketso ya ho ikatametsa kapa ho ba
mabapi, pela kapa haufi le mokgatlo kapa motho ya itseng. Boiketsi ba ho atametsa.
Boikatiso (bo-ikat-is-o) /self multiplication/ Ketso ya ho ikatisa kapa ho eketsa ntle
le thuso ya motho kapa ntho e itseng. Boiketsi ba ho atisa.
Boikatoloso (bo-ika-tu-lo-so) /self expansion/ Ketso ya ho ikatolosa kapa ho ikhudisa
kapa ho iketsa kgolo ntle le thuso. Boiketsi ba ho atolosa.
Boikekeletso (bo-ike-ke-le-tso) /self rewarding/ Ketso ya ho ikekeletsa kapa ho
iphaella ka chelete, mokgolo kapa tefo e itseng bakeng sa ho iteboha. Boiketsi ba ho
ekeletsa. Boemo ba ho itefa kapa ho ipha haholo.
Boikelelloi (bo-ike-le-lwi) /self realisation, self awareness/ Ketso ya ho ikelelloa
kapa ho hlokomela bowena ba hao. Boiketsi ba ho elelloa. Ho inatsa.
Boikelelloi (//) /disillusionment/ Boemo ba ho thola nnete ka mora ho thetsoa ka
mora nako e telele. Ketso ya ho ikelelloa kapa elelloa bonnete le nnete, leshano le
bohata bo etsahetseng pejana. (bap. boiphumano, thetsollo, tutubullo).
Boikemariso (bo-ike-ma-ri-so) /pseudo-pregnancy/ Boemo ba ho etsa eka motho o
mmeleng, o tlo beleha kapa o emere ho se jwalo. Boiketsi ba ho emara.
Boikemelo (bo-ike-me-law) /self dependency/ Ketso ya ho ikemela kapa ho etsa ntho
ntle le thuso ya motho, naha enngwe kapa mmuso. /Bon. Maikemelo/ .
Boikemisetso (bo-ike-mis-ets-o) /preparedness, readiness/ Ketso ya ho ikemisetsa
kapa ho etsa ketso e itseng ntle le ho qobelloa kapa ho susumetsoa. Ho sebetsa kapa
ho etsa se itseng ka boinehelo. Boiketsi ba ho emisa. /Bon. Maikemisetso/.
Boikemisetso (bo-ike-mis-ets-o) /ambition/ Monahano wa phethahatso ya se itseng;
chesehelo ya phethahatso ya ditoro. /Bon. Maikemisetso/.
Boiketlo (boi-ke-tlo) /leisure/ Ketso ya ho iketla kapa ho phomola ha monate ntle le
boteng ba mosebetsi. Boiketsi ba ho ketla.
Boiketlo (boi-ke-tlo) /slowness/ Boemo ba ho etsa ntle le potlako; ho se tate kapa ho
etsa ntle le potlako; motsamao o butle kapa o lesisitheho.
Boiketsi (bo-ik-etsi) // Lentsoe, haholo lereho le bontshang hore moetsi wa ketso o
etsa ketso ho ena kapa o wa iketsa. Mohl. Boikarabelo=arabela, boikoetliso=koetlisa,
boikgantsho=kgantsha, boitlhetlheello=hlehleella, boimathiso=mathisa, jj.
Boiketsiso (boi-ke-tsi-so) /pretence/ Ketso ya ho iketsisa kapa ho etsa eka ho ka tsela
eo eseng yona. Boiketsi ba ho itsisa. /bon. Maiketsiso/ (mm. Etsa, etsisa, etsetsa,
entse, etsang, etsahala, etsolla).
Boiketso (boi-ke-tso) // Ketso ya ho iketsa kapa ho etsa ketso e etsahale ho wena kapa
bowena. Boiketsi ba ho etsa. (bap. moiketsi).
Boikgakanyo (bo-ikga-kan-yaw) /disguise/ Ketso ya ho ikgakanya: ho etsa phetoho
chebahalong ya sebopeho kapa ponahalo. Boiketsi ba ho kgakanya.
Boikgofolo (bo-ikgu-fu-law) /usage of skin lightening cream/ Ketso ya ho ikgofola
kapa ho etsa letlalo le kganye kapa le be lesweu; tloaelo ya ho sebedisa setlolo se
bakang hore letlao le kganye. /bon. 0/.
Boikgopotso (boi-kgu-pu-tsaw) /revision/ Ketso ya ho ikgopotsa kapa ho etsa hore
motho a se lebale. Boiketsi ba ho hopola: ho ithuta hape. /bon. Maikgopotso/.
Boikgabiso (bo-ikga-bis-aw) /beautification, self decoration/ Ketso ya ho ikgabisa
kapa ho iketsa botle ka ntho tse itseng. Boiketsi ba ho kgabisa. /bon. Maikgabiso/.
32
33
Boikgahliso (bo-ikga-hlis-aw) /self gratification/ Ketso ya ho ikgahlisa kapa ho etsa
ntho e kgotsofatse wena feela. Boiketsi ba ho kgahlisa. /bon. Maikgahliso/.
Boikgakanyo (bo-ikga-kan-yaw) /disguising, pretence/ Ketso ya ho ikgakanya kapa
ho iketsa seo o seng sona. Boiketso ba ho kgakanya. /bon. Maikgakanyo/.
Boikgakollo (bo-ikga-kul-law) /self freeing/ Ketso ya ho ikgakolla kapa ho itokolla
ntle le thuso. Boiketso ba ho hakolla. /bon. 0/. (mm. Boikhakollo).
Boikgalefiso (bo-ikha-lef-is-o) /anger pretence/ Ketso ya ho ikgalefisa kapa ho etsa
eka motho o halefile empa ho se jwalo. Boiketsi ba ho halefa. /bon. 0/.
Boikgalemo (bo-ikha-lim-aw) /self restrain/ Ketso ya ho ikgalema kapa ho itshoara
ho etsa ketso e mpe. Boemo ba ho itshoara. Boiketsi ba ho kgalema. /bon.
Maikgalemo/.
Boikgamo (bo-kga-maw) // Ketso ya ho ikgama kapa ho ipolaya ka ho beha ntho e
itseng molaleng. Ketso ya ho etsa ketso tse fetang matla a motho. Boiketsi ba ho
kgama kapa ho bolaya bowena. /bon. 0/.
Boikgathatso (bo-ikgat-hats-aw) /self troubling, attempt/ Ketso ya ho ikgathatsa
kapa ho etsa ketso e itseng ntle le tefo ka baka la boithaopo. /bon. Maikgathatso/.
Boikgathollo (bo-ikgat-hol-law) /relaxation, leisure time/ Ketso ya ho ikgatholla
kapa ho phomola ka ho etsa ketso e monate ka mora mosebetsi. Boiketsi ba ho
kgatholla. Ho roba monakedi. /bon. 0/.
Boikgeso (bo-ikge-saw) /recluse act/ Ketso ya ho ikgesa kapa ho se dule, tsamaye
kapa bue le batho ba bang. Boemo ba ho ja o le mong.
Boikgethelo (bo-ikget-hel-aw) /choice/ Ketso ya ho ikgethela kapa ho etsa ketso ka
bowena le maikutlo a hao ntle le tshutshumetso kapa ho sututsoa. Boiketsi ba ho
kgetha. /bon. Maikgethelo/ (bap. Kgetho).
Boikgetho (bo-ikget-aw) /self elect/ Ketso ya ho ikgetha kapa ho ipeha boemong bo
itseng ntle le ho etsetsoa joalo. Boiketsi ba ho kgetha. /bon. 0/.
Boikgethollo (bo-ikget-hul-law) /isolationism, isolation/ Tloaelo ya ho se ikamanye
le batho, sechaba kapa dinaha tse ding; mokgoa wa ho etsa dintho ntle le thuso ya
batho babang; ho phela bomong. (bap. kgethollo, moikgetholli).
Boikgoabetlello (boi-kgwa-be-tlel-law) /bid, venture, strive/ Ketso ya ho etsa dintho
le ho leka ho ipatlela tse batlahalang ka bowena ntle le thuso ya mang kapa mang; ho
itshokolela ho fumana se batlahalang ntle le thuso ya motho emong. Boiteko ba ho
iphumanela se itseng ntle le thuso. /bon. Maikgoabetlello/.
Boikgodiso (bo-ikgo-dis-aw) /evidence/ Ketso ya ho ikgodisa kapa ho batla bonnete
kapa sesupo sa ketsahalo e itseng. Ho inoesa ka nkgo. Boiketsi ba ho kgodisa. /bon. 0/
Boikgohomoso (bo-ikgo-ho-mo-saw) /egotism, pride/ Ketso ya ho ikgohomosa kapa
ho nahana eka motho o tseba hofeta bohle ka boemo ba hae bo itseng. Boiketsi ba ho
kgohomosa. /bon. Maikgohomoso/.
Boikgoni (bo-ikgo-ni) /capability/ Ketso ya ho ikgona kapa ho etsa ketso tse itseng
ntle le thuso ya mang kapa mang. Boiketsi ba ho kgona. /bon. 0/ (bap. bokgoni).
Boikgopolelo (bo-ikgo-pu-le-law) /selfishness/ Ketso ya ho ikgopolela kapa ho
nahana ka bowena feela. Boemo ba hose nahanele ba bang. Boiketsi ba ho hopolela.
Boikgopolo (boi-kgu-pu-law) /selfishness/ Ketso ya ho ikgopola kapa ho nahana ka
bowena feela. Boemo ba ho se nahanele ba bang. Boiketsi ba ho hopola.
Boikgulo (bo-ikhu-law) /withdrawal/ Ketso ya ho ikhula kapa ho lesa ho etsa ketso e
itseng. Boemo ba ho tlohela morero wa pele. Ketso ya ho tswa ditabeng kapa ntoeng;
boiketso ba ho hula. /bon. 0/ (mm. Boikhulo).
Boikitlaetso (bo-iki-tla-ets-aw) /an attempt, endeavour/ Ketso ya ho ikitlaetsa kapa
ho leka ho etsa se itseng leha ho le thata. Boiketsi ba ho kitlaetsa. /bon. Maikitlaetso/
33
34
Boikoahlaho (bo-ik-wa-hla-haw) /regret, remorse/ Ketso ya ho ikoahlaha kapa ho
bontsha bohloko ka se sebe seo motho a se entseng. Ho ipona mafolo mabe. Pontsho
ya masoabi ka ketso e mpe e entsoeng ke moetsi; ho bontsha ho itshoaya phoso
bakeng sa sebe se entsoeng. Boiketsi ba ho koahlaha. /bon. 0/ (bap. itshola).
Boikoetliso (bo-ikwe-tli-saw) /training, exercise/ Ketso ya ho ikoetlisa kapa ho etsa
mmele o be motle le sebopeho se kgahlang. Boiketsi ba ho koetlisa.
Boikoetliso (bo-ikwe-tli-saw) (boikwetliso) /internship, learnership/ Boemo ba
moithuti, morutoana kapa morutuwa ya sa tsoa phetha thuto tsa hae mme a etsa
mosebetsi o mabapi le thuto eo a e entseng ebile a le tlasa taolo ya morupelli.
Mosebetsi wa motho ya sebeletsang ho tseba thuto eo a e phethileng ka ho etsa diteko.
(bap. moikoetlisi, morutwana, morutuwa, moithuti).
Boikokobetso (bo-iko-ko-bets-o) /humility, meekness/ Ketso ya ho ikokobetsa kapa
ho hloka lerata, tletlebo le manganga. Tloaelo ya ho ipeha fatshe kapa ho bontsha
bosio ba boikgohomosa. Boiketsi ba ho kokobetsa. /bon. Maikokobetso/.
Boikonko (bo-ik-aw-nk-aw) /proud move/ Ketso ya ho ikonka kapa ho tsamaya ka
boikgantsho bo boholo. Ketso ya ho tsamaya jwalo ka mohlodi. Motsamao o nang le
boikgohomoso. Boiketsi ba ho konka. /bon.0/.
Boikopelo (bo-ik-op-el-aw) /pardon/ Ketsetso ya ho ikopela kapa ho batla tshoarelo,
mohau kapa ntho e itseng. Boiketsi ba ho kopela kapa ho etsetsoa mohau.
Boikotlollo (bo-iko-tlul-law) /aerobic, exercise/ Ketso ya ho ikotlolla: papadi ya ho
thapolla ditho tsa mmele le ho etsa hlanaphetho.
Boikoto (bo-ikaw-taw) /masturbation/ Ketso ya ho ikota kapa ho pikitlaka setho sa
bonna kapa botshehadi ka sepheo sa ho kgotsofatsa takatso ya thobalano. Ho bapala
ka kooma kapa nnyoana. Boiketsi ba ho kota. /bon. 0/. (bap. Sekomola).
Boikudiso (bo-iku-dis-aw) /fake sickness/ Ketso ya ho ikudisa kapa ho etsa eka
motho o bohlokong, matetetsong kapa bokudi empa ho se joalo. Boiketsi ba ho kula.
Boikukelo (bo-iku-ke-law) /ego, egocentricity/ Ketso ya ho iphahamisa kapa ho
ipeha maemong a hodimo ka lebaka la monahano o hodimo; ho iphahamisa ka lebaka
la ho ikutloa haholo; tloaelo ya ho ba le maikutlo a phahameng. Mohl. Boikukelo
hodimo ba hae ke ntho e tloaelehileng.
Boikutlo (bo-iku-tlaw) /feeling/ Boemo ba ho ikutloa: kutloahalo ya mmele e bakang
kapa e hlahisang takatso ka lebaka la pono kapa ho thetsoa. Kutlo ya mmele kapa
setho sa mmele e susumetsoang ke boemo bo itseng ha bo hlalosoa ke boko. /Bon.
maikutlo/.
Boikutlo (bo-iku-tlaw) /confidence/ Ketso ya ho ikutloa kapa ya ho ba le monahano
wa tlholo. Monahano wa motho wa tlholo ka ketsahalo. Boiketsi ba ho utloa. /bon. 0/.
Boima (bo-im-a) /heavy/ Boemo ba ho hloka bobebo kapa bobebe. Kutlo ya ho
imeloa kapa ho sitoa ke ntho e kgolo. Ho se phomelle ka baka la kimelo. /bon. 0/.
Boimakatso (bo-ima-kats-aw) /pretence/ Ketso ya ho imakatsa kapa ho etsa eka
motho ha a tsebe letho. Ho ikgakanya ho seo motho a se tsebang. Boiketsi ba ho
makatsa. /bon. 0/.
Boimafefe (bo-ima-fe-fe) /in boxing: light weight/ Boemo ba mmapala ditebele kapa
raditebele bo tlase kapa bo hlokang boima bo boholo. (bap. boimatshintsi).
Boimana (bo-ima-na) /pregnancy/ Boemo ba motho ya immeng kapa ya lebeletseng
lesea kapa ngoana. Ketso ya ho ima kapa ho lebella ho tsoala. Boteng ba bophelo
popelong ya mosadi kapa motho e motshehadi. /bon. 0/ (bap. kemaro) Tlh. Lentsoe,
“boimana” le sebedisoa feela ho batho, ha “kemaro” e sebedisoa ho diphoofolo le
batho ka ho tshoana.
34
35
Boimatahanyo (bo-ima-ta-han-yaw) /association, affiliation/ Ketso ya ho
imatahanya: ho etsa kamano le motho, mokga, sehlopha kapa ntho e itseng; ho ipapisa
le boemo bo itseng; ho kgema mmoho le; ho ba motsoalle kapa mmate wa.
Boimathiso (bo-imat-his-aw) // Ketso ya ho imathisa kapa ho matha ntle le lebaka le
utloahalang. Boiketsi ba ho matha. /bon. 0/.
Boinahanelo (bo-ina-ha-nel-aw) /selfishness/ Ketso ya ho inahanela kapa ho hopola
bowena ka nako tsohle. Monahano o mabapi le wena feela. Boiketsi ba ho nahana;
ketso ya ho nahana ka wena feela. /bon. 0/.
Boinehello (boi-ne-hel-law) /addiction/ Ketso ya ho inehella: ho ba lekgoba la
sethethefatsi; tlholeho ya ho tlohela mokgoa o mobe.
Boinehelo (bo-ine-he-law) /give up, surrender, abdication/ Ketso ya ho inehela: ho
lahla tshepo ka se setle se tlamehang ho phethahala kapa ho etsahala; ho inehela ho se
batlang thlolo kapa sera; ho fa bobe kapa tlholeho monyetla. Tlh. Mmadi a ele hloko
hore mantsoe, “boinehello” le “boinehelo” ha a bolele ntho tse tshoanang.
Boingatafatso (bo-ing-ata-fa-tsaw) /self multipication, binary fission/ Ketso ya ho
ingatafatsa kapa ho eketsa bongata ba ntho kapa batho ba teng. Boiketsi ba ho
ngatafatsa. /bon. 0/ (bap. boikarolo).
Boinkelo (bo-in-ke-law) /a claim/ Mokgoa wa ho fumana se itseng ka lebaka la
tokelo; tokelo ya ho nka ntho, thepa kapa moputso ka lebaka la ditshoanelo kapa
kabelo. (bap. boikukelo). Tlh. Ho na le phapang pakeng tsa mantsoe, “boinkelo”
mmoho le “boikukelo”.
Boinosi (bo-in-osi) /oneness/ Boemo ba ho ba mong ntle le ba bang kapa tse ding.
Boinyadiso (bo-in-ya-dis-aw) // Ketso ya ho inyadisa kapa ho nyala ntle le thuso ya
mang kapa mang. Lenyalo ntle le thuso ya ho nyadisoa. Boiketsi ba ho nyala. /bon. 0/.
Boinyahamiso (bo-in-ya-ha-mis-aw) /low moral causing/ Ketso ya ho inyahamisa
kapa ho ipha boikutlo ba ho hloleha kapa ho tlohela ho etsa ntho e itseng. Boiketsi ba
ho nyahama. /bon. 0/.
Boinyakalliso (bo-in-yak-al-lis-aw) /entertainment/ Ketso ya ho inyakallisa kapa ho
ikutloisa monate. Ketso ya ho etsa hore ho be monate. Boiketsi ba ho nyakalla. /bon.
menyaka/ (mm. Nyakallisa, nyakalla, nyakallang, nyakaletse, monyaka, monyakeng)
Boinyametso (bo-in-yam-ets-o) /disappearance/ Ketso ya ho inyametsa kapa ho ba
sio. Ho hlokahala pontsheng ya motho kapa batho. Ho se be teng pepeneneng.
Boiketsi ba ho nyamela. /bon. 0/ (bap. Nyametso).
Boinyatso (bo-in-yam-ets-aw) /rependance, remorse/ Ketso ya ho inyatsa kapa ho
amohela phoso ya hao. Boemo ba ho etsa tse lokileng ka mora ho etsa diphoso kapa
bobe. Boiketsi ba ho nyatsa. /bon. Mainyatso/.
Boinyefolo (bo-in-yef-o-law) /self slandering/ Ketso ya ho inyefola kapa ho bua sebe
ka wena. Boemo ba ho rohaka kapa ho bua bobe ka bowena ba hao. Boiketsi ba ho
nyefola.
Boipaballo (bo-ip-abal-law) /save, safety/ Ketso ya ho ipaballa kapa ho hlokomela
bowena ba hao ka ketso tse itseng. Boemo ba ho hlokomela bowena ba hao bakeng sa
ho qoba kotsi mmoho le tsietsi. /bon. maipaballo/.
Boipabatso (bo-ip-abats-aw) /self praising/ Ketso ya ho ipabatsa kapa ho rorisa
bowena ba hao ntle le ho rorisoa. Boiketsi ba ho babatsa. /bon. 0/ Mael. Boipabatso
ha bo tsoele molemo: ho ithorisa ha ho thuse letho.
Boipabolo (bo-ipa-bu-law) // Ketso ya ho ipabola: ho itlhoma pele ka se etsoang. Ho
nka ketapele. Ho ba pejana kapa wa pele ho etsa se lebisang tlholong.
35
36
Boipapiso (bo-ip-ap-is-aw /comparison, collation, contrast/ Ketso ya ho ipapisa
kapa ho ipeha sebakeng sa boemo bo sa lekaneng le bowena. Boemo ba ho itekanya le
semangmang. Boiketsi ba ho bapisa. /bon. 0/.
Boipato (bo-ip-at-aw) /evanescence/ Ketso ya ho ipata kapa ho nyamela. Boemo ba
hose bonoe ke mang kapa mang le eng kapa eng. /bon. 0/.
Boipatong (bo-ip-at-ong) /solitary confinement/ Sebaka seo ho ipatoang ho sona:
sebaka seo motshoaruwa ya kotsi haholo, ya tshoenyang a koalloang ho sona. Karolo
ya ntloanatshoana eo ho koalloang motshoaruo eo ho nahanoang hore o kotsi haholo
hofeta babang. /bon. 0/ (bap. seipati).
Boipebofaletso (bo-ip-eb-uf-fal-est-o) /simplification/ Ketso ya ho ipebofaletsa: tsela
eo mosebetsi kapa ketso e itseng e etsoang bonolo kapa bobebe. Boiketsi ba ho
bebofaletsa. /bon. 0/ (mm. Bebofatsa, bebofatsoa, bebofaletsa, bebofaletsoa,
pebofaletso, pebofatso, bobebe, bobebo).
Boipehelo (bo-ip-ehe-law) /self decision/ Ketso ya ho ipehela kapa ho fana ka peho
ya theko kapa ntho e itseng ka bowena. Boiketsi ba ho behela. /bon. 0/.
Boipeho (bo-ip-e-haw) /self appointment/ Ketso ya ho ipeha kapa ho kgetha bowena
boemong bo hodimo. Ketso ya ho dula sebakeng ntle le tumello. Boiketsi ba ho beha.
Boipelaetso (bo-ip-ela-ets-aw) /grievance, complaint, injustice/ Ketso ya ho belaela
kapa ho bontsha hose kgotsofale. Pontsho ya tletlebo kapa kgwao. Boiketsi ba ho
belaetsa kapa belaela. /bon. Maipelaetso/ (bap. tletlebo).
Boipepeso (bo-ip-ep-saw) /self advertisement, pride/ Ketso ya ho ipepesa kapa ho
bontsha bowena pepeneneng kapa pontsheng. Pontsho ya boikgohomoso kapa
boikutlo ba maemo. Boiketsi ba ho pepesa. /bon. 0/.
Boiphahamiso (bo-ip-ha-ham-is-aw) /self exaltation/ Ketso ya ho iphahamisa kapa
ho beha bowena hodimo hofeta tekanyo. Boemo ba ho phahamisa kapa ho nyolla
bowena. Boiketsi ba ho phahamisa. /bon. 0/.
Boiphapanyo (bo-ip-hap-an-yaw) /ignoring/ Ketso ya ho iphaphanya kapa ho etsa
eka ha ho letho le etsahalang. Boiketsi ba ho fapanya. /bon. 0/.
Boiphasollo (bo-ip-ha-sul-law) /self freeing/ Ketso ya ho iphasolla kapa ho tloha
kholehong ka bowena. Boemo ba ho ntsha bowena ho kotsi eka lebelloang. /bon. 0/
Boiphediso (bo-ip-hedi-saw) /self extinction, suicide/ Ketso ya ho iphedisa kapa ho
tlosa bophelo ka ho ipolaya. Phediso ya bophelo ka bowena bakeng sa bowena;
boiketsi ba ho fedisa.
Boiphekolo (bo-ip-ek-ul-aw) /self healing/ Ketso ya ho iphekola kapa ho tlosa
mahlaba a mmele kapa bohloko ka bowena; boiketsi ba ho phekola. /bon. 0/.
Boiphenetho (bo-ip-hin-net-aw) /self inflicting, suicide/ Ketso ya ho iphenetha kapa
ho ikutloisa bohloko ka ho ikotla kapa ho ipolaya. Boiketsi ba ho fenetha.
Boipherekanyo (bo-ip-he-rek-an-yaw) /self confusing/ Ketso ya ho ipherekanya kapa
ho kopanya kelello ya hao ka bowena. Boemo ba ho jala morusu sehlopheng sa heno
le ba heno. Boiketsi ba ho ferekanya. /bon. 0/.
Boiphetetso (bo-ip-het-ets-aw) /revenge, vindictiveness, vendetta/ Ketso ya ho
iphetetsa kapa ho ho pheta se entsoeng ho wena ke motho kapa ntho e itseng ka ho
kgutlisetsa ketso e tshoanang; ketso ya ho busetsa molamu sefateng. Boiketsi ba ho
phetetsa. /bon. 0/ Mael. Ho busetsa molamu sefateng: ho iphetetsa kapa ho etsa se
entsoeng ho wena ho moetsi. Boiphethatso.
Boipheto (bo-ip-het-aw) /self repeating/ Ketso ya ho ipheta kapa ho etsa ketso
lekgetlo leleng. Ho etsa ntho hangata. Boiketsi ba ho pheta. /bon. 0/ (bap. Pheto).
Boiphetolo (bo-ip-he-tu-law) /disguise/ Ketso ya ho iphetola kapa ho etsa phetoho
chebahalong ya sebopeho kapa ponahalo. Boiketsi ba ho fetola. (bap. boikgakanyo).
36
37
Boiphihlelo (bo-ip-hi-hle-law) /ability/ Tsebo ya ho etsa ntho tse ngata. Ketso ya ho
iphihlela kapa ho tseba bongata ba dintho. Boiketsi ba ho fihlela.
Boiphodiso (bo-ip-ho-dis-aw) /self calming/ Ketso ya ho iphodisa kapa ho kokobetsa
mocheso. Ketso ya ho tseba ho tlosa lehlaba kapa bohloko ka bowena; boiketsi ba ho
fodisa. (bap. Iphodisa).
Boiphumano (bo-ip-hu-man-aw) /disillusionment/ Ketso ya ho iphumana kapa ho
thola bonnete ka bowena ka mora ho jalletsoa. Ho thola nnete ka bowena ka mora ho
phelekanyetsoa. Boiketsi ba ho fumana. (bap. thetsollo).
Boiphutho (bo-ip-hut-aw) /collectiveness/ Ketso ya ho iphutha kapa ho etsa ketso ka
hloko. Boemo ba ho sebetsa jwalo ka phutheho kapa sehlopha. Boiketsi ba ho phutha.
Boipiletso (bo-ip-il-lets-aw) /an apeal/ Ketso ya ho ipiletsa kapa ho tletleba ka kotlo
e ntshitsoeng. Pontsho ya ho se kgotsofale. Boiketsi ba ho biletsa. Boemo ba ho
bontsha tletlebo kgahlanong le qeto kapa sepheto se entsoeng ke lekgotla la dinyewe;
boipelaetso bo etsoang kgahlanong le sepheto kapa tsela eo dintho di etsahalang ka
teng; tsela ya ho lla ka ho ipiletsa ho moetsi wa ketso kapa motho wa boemo bo
hodimo. /bon. Maipiletso/ (bap. sello, tletlebo, boitlatlarietso).
Boipipetso (bo-ip-pets-aw) /self destruction, self smothering/ Ketso ya ho ipipetsa:
ho ikoala moya ka sepheo sa ho itlhokofatsa kapa ho ipolaya.
Boipoho (bo-ip-u-haw) /egocentricity, selfishness/ Ketso ya ho ipoha, ipona kapa ho
bontsha boikgohomoso ka ho shebana le ho natsana le bowena feela. Boiketsi ba ho
boha. (bap. boikgantsho, boipono).
Boipokellelo (bo-ip-ukel-le-law) /wealth accumulation, aggrandizement/ Ketso ya
ho ipokellela leruo ka bowena. Ketso ya ho iketsa morui. Boiketsi ba bokellela.
Boipokello (bo-ip-okel-law) /self accumulation/ Ketso ya ho ipokella kapa ho eketsa
se teng bakeng sa bowena. Boiketsi ba ho bokella.
Boipolao (boi-pu-la-aw) /suicide/ Ketso ya ho ipolaya kapa ho fedisa bophelo ba hao
ka bowena. Boiketsi ba ho bolaya. /bon. 0/ (mm. Polao, mmolai, sebolai, bolaya).
Boipolelo (boi-pu-le-law) /confession/ Boemo ba ho bolela melato kapa dibe;
mokgoa wa ho ipolela molato ntle le ho qobelloa ke emong. /bon. maipolelo/.
Boipolokelo (bo-ip-ulu-kel-law) /savings account/ Ketso ya ho ipolokela kapa ho
beha chelete polokelong. Boiketsi ba ho bolokela. (mm. Poloko, polokong, polokeho).
Boiponahatso (bo-ip-ona-ha-tso) /transfiguration/ Ketso ya ho iponahatsa ka tsela e
sa tloalehang kapa ho fetoha sebopeho se tsebahalang. Boiketsi ba ho bonahatsa.
Boipono (bo-ip-on-aw) /self centerdness, egocentricity/ Ketso ya ho ipona kapa ho
bona bowena feela ntle le motho e mong. Boiketsi ba ho bona. /bon. 0/ (mm. Pono,
ponano, bona, bone, bontsha, pontsho).
Boipontsho (bo-ip-onts-aw) /symbolism, show of/ Ketso ya ho ipontsha kapa
pontsho ya bowena ka sebele. Boiketsi ba ho bontsha.
Boipopo (bo-ip-op-aw) /pose, posing/ Ketso ya ho ipopa kapa ho lokisa sefahleho
kapa mmele hore o hlahe hantle. Boiketsi ba ho bopa.
Boipopokanyo (bo-ip-u-pu-kan-yaw) // Ketso ya ho ipopokanya kapa ho ba sebakeng
seleseng jwalo ka dikokoanyana. Boiketsi ba o bobokanya. (mm. Bobokanya,
popokanyo) /bon.0/.
Boipuello (bo-ip-u-el-law) /eloquence, responsiveness/ Ketso ya ho ipuella kapa
tsebo ya ho beha ntlha ka bowena ntle le thuso. Bokgoni ba ho araba ka bokgeleke;
boiketsi ba ho buella. (mm. Bua, buisa, buang, buile, puo, sebui, buisana, puisano).
Boipuso (bo-ip-uso) /independence/ Ketso ya ho ipusa kapa boemo ba ho sebe tlasa
taolo ya naha enngwe kapa motho emong. Boiketsi ba ho busa. (bap. tokoloho).
37
38
Boiqabanyo (bo-iqa-ban-yaw) // Ketso ya ho iqabanya kapa ho etsa hore ho be le
qabang ka bowena. Boiketsi ba ho qabanya. (mm. Qabang, qabana, qabane, qabanya,
qabanyo, qabantsha, qabantsho, qabantse).
Boiqapelo (bo-iqa-pe-law) /invention, creativeness/ Ketso ya ho iqapela kapa ho
hlahisa ntho e ncha kgetlo la pele. Puo e hlokang nnete. Boiketsi ba ho qapa.
Boiqeko (bo-iqe-kaw) /slow moving/ Ketso ya ho iqeka kapa ho tsamaya hanyane ka
ho itlhokomela. Ketso ya ho tsamaya nako e sa dumela kapa e sale teng.
Boiqheno (bo-iq-hin-aw) // Ketso ya ho iqhena. Boiketsi ba ho qhena.
Boiqobello (bo-iqo-bel-law) /self coersion, coerciveness/ Ketso ya ho iqobella kapa
ho etsa ketso e itseng ka sheshe ka bowena. Boiketsi ba ho qobella.
Boiqotsetso (bo-iqo-tse-tso) // Ketso ya ho iqotsetsa kapa ho nka qubung kapa
bongateng ba ntho e itseng.
Boitaelo (bo-it-a-el-aw) /uncontrollableness, orderless/ Ketso ya ho itaela kapa ho
etsa ntho ntle le ho joetsoa kapa taolo. Boiketsi ba ho laela. (bap. Ratas).
Boitahlo (bo-it-a-hl-aw) /abscond/ Ketso ya ho itahla, ho nyamela kapa ho tsamaya
ntle le ho bua. Boiketsi ba ho lahla.
Boitaolo (bo-it-a-ol-aw) /autonomy/ Boemo ba naha e tsamaisoang ke batho kapa
baahi bateng ntle le tshihetso ya naha tse ding. Ketso ya ho itaola kapa ho etsa borata;
boiketsi ba ho laola. (bap. Ratas, boithatelo) Tlh. Mantsoe, “boitaolo” le “boitaelo” a
na le meelelo e fapaneng.
Boitapiso (bo-it-ap-is-aw) /fasting, hunger strike/ Ketso ya ho itapisa kapa ho phela
ntle le sejo. Boemo ba ho hana dijo. Boiketsi ba ho lapa. /bon. Maitapiso/.
Boitataiso (bo-it-ata-is-aw) /self discipline/ Ketso ya ho itataisa kapa ho etsa ntho
ntle le thuso e itseng Boiketsi ba ho tataisa. /bon. 0/.
Boitatolo (bo-it-at-ul-aw) /refuting/ Ketso ya ho itatola kapa ho hana se boleloang ka
bowena ka ketsahalo e itseng. Boiketsi ba ho latola.
Boitebalo (bo-it-iba-law) // Ketso ya ho itebala kapa ho se ele hloko ka bowena ba
hao mabapi le kotsi e ka etsahalang. Ho ya le kgongoana hodimo. Ho se natse kotsi e
ka etsahalang. Boiketsi ba ho lebala. /bon. Maitebalo/ (mm. Lebala, lebatsa, lebatsoa,
lebetse, lebalang, tebalo) (bap. Kgongoana).
Boitebelo (bo-it-eb-el-aw) /self guarding/ Ketso ya ho itebela kapa ho sheba bowena
bakeng sa kotsi e ka hlahang. Boiketsi ba ho lebela. /bon. Maitebelo/.
Boiteboho (boi-te-bu-haw) /self rewarding/ Ketso ya ho iteboha: ho fa bowena
lethonyana bakeng sa mosebetsi o phethiloeng.
Boitekanelo (bo-it-eka-nel-aw) /stability, steadfastness/ Ketso ya ho itekanela kapa
ho ba boemong ba botsitso ba kelello. Boiketsi ba ho lekanela.
Boitekanyetso (bo-it-ekan-yets-aw) /self sizing/ Ketso ya ho itekanyesta kapa ho nka
moroalo o kgonahalang. Ketso ya ho etsa se lekanang bowena. /bon. Maitekanyetso/.
Boiteko (bo-it-ek-aw) /an attempt/ Ketso ya ho iteka kapa ho etsa ketso eo ho
nahanoang hore e thata. Boemo ba ho nka mohato bothateng. /bon. Maiteko/.
Boitekolo (bo-it-eku-law) /introspection/ Ketso ya ho itekola kapa ho sheba phoso
kapa bofokodi ba hao. Boiketsi ba ho lekola. /bon. Maitekolo/.
Boitelo (bo-it-el-aw) /martyrdom/ Ketso ya ho itela kapa ho fana ka bophelo ba hao
bakeng sa tumelo e itseng. Boemo ba ho nka kotsi ka baka la tumelo. Ketso ya ho
shoela nnete. Boiketsi ba ho tela. /bon. Maitelo/ (bap. moitedi, telo).
Boitemoho (bo-it-emo-haw) /introspection, self realisation/ Ketso ya ho itemoha
kapa ho lemoha bowena ba hao. Boiketsi ba ho lemoha. /bon. Maitemohelo/.
Boitepelliso (bo-it-epel-lis-aw) // Ketso ya ho itepellisa kapa ho tlohela mmele hore o
tepelle. Boiketsi ba ho tepella. /bon. Maitepelliso/.
38
39
Boitereko (boi-te-re-kaw) /smart dressing/ Ketso ya ho itereka: ho apara diphahlo
tse ntle tse ncha; ho apara hantle haholo. (bap. tereko).
Boitesello (bo-it-esel-law) // Ketso ya ho itesella kapa ho tlohela mmele kapa kelello
e etse borata. Boiketsi ba ho lesella. /bon. Maitesello/ (bap. tesello).
Boiteteello (bo-it-ite-el-law) /overdressing/ Ketso ya ho iteteella: kaparo ya diphahlo
tse ngata mmeleng hofeta tekanyo. (bap. Titiello).
Boiteteko (bo-ite-tek-aw) /self inflicting/ Ketso ya ho iteteka kapa ho ikutloisa
bohloko ka ho ichapa kapa ho inatha. Boiketsi ba ho teteka. /bon. Maiteteko/.
Boiteto (boi-te-taw) /confrontation, audacity/ Ketso ya ho iteta: ho ba le sebete sa
ho loana kgahlanong le se tshajoang; ho lebana le kotsi ntle le tshabo; ho bua
kgahlanong le motho ya tshajoang. (bap. iteta, teto).
Boithabiso (bo-it-hab-is-aw) /entertainment/ Ketso ya ho ithabisa kapa ho etsa
monate ka ho bapala kapa ho ya sebakeng se natefatsang. Boiketsi ba ho thabisa.
Boithaopo (bo-it-ha-op-aw) /volunteering/ Ketso ya ho ithaopa kapa ho etsa se
itseng ntle le ho joetsoa. Boiketsi ba ho thaopa. /bon. Maithaopo/ (bap. moithaopi).
Boithapello (bo-it-hap-el-law) /pray for self/ Ketso ya ho ithapella kapa ho rapella
bowena ba hao. Boiketsi ba ho rapella.
Boithapiso (bo-it-ha-pi-so) /leniency, forbearance, indulgence/ Ketso ya ho
ithapisa: ho ba bonolo kgahlanong le; ho qenehela motho ya entseng phoso; ho sala
morao ha ho etsoa ketso tse itseng.
Boithapollo (bo-it-hap-ul-law) /excercise/ Ketso ya ho ithapolla: ho koetlisa mmele
kapa ho etsa hore mmele o be boemong bo botle ka ho ikoetlisa. (bap. boikoetliso).
Boithapoloso (bo-it-hap-u-lu-saw) /relaxation, entertainment/ Ketso ya ho
ithapolosa kapa ho roba monakedi ka ho etsa ketso e itseng. Boiketsi ba ho thapolosa.
Boithatafatso (bo-it-ha-ta-fats-aw) /stubborness/ Ketso ya ho ithatafatsa kapa ho ba
manganga kapa ho satallisa molala ha o joetsoa. Boiketsi ba ho thatafatsa.
Boithatelo (bo-it-ha-te-law) /preference/ Ketso ya ho ithatela: ho rata ka ho kgesolla
kapa ka kgetho ya motho ya kgethang. Boiketsi ba ho ratela.
Boithati (bo-it hat-i) /neatness/ Boemo ba ho bontsha makgethe kapa bohloeki. Ketso
ya ho ithata. Boiketsi ba ho ithata.
Boithekiso (bo-it-hek-is-aw) /marketing, self marketing/ Ketso ya ho ithekisa kapa
ho bapatsa le ho reneketsa bowena ba hao ka ho bua kapa ho ngola se itseng ka
bowena ba hao; boiketsi ba ho rekisa. /bon. Maithekiso/ (mm. Reka, rekisa, rekile,
rekisang, rekela, rekelana, rekoa).
Boithekiso (bo-it-hek-is-aw) /curriculum vitae, CV/ Lengolo le ngotsoeng ke motho
ya batlang mosebetsi, le hlalosang tsebo ya hae ya kgale le ya joale ka mosebetsi oo a
o batlang. Setlankane sa boitlhaloso sa motho ya batlang mosebetsi. /bon. 0/.
Boithepetliso (bo-it-hep-e-tlis-aw) // Ketso ya ho ithepetlisa kapa ho bontsha ho tefa;
boiketso ba ho thepetla; ho batla, haholo ngoana, ntho e itseng ka ho kgetha le nako
eo e batloang ke yena; ho llela ntho tse sa lleloeng kapa tseo ho seng lebaka la ho di
newa; ho balabala ntle le lebaka le utloahalang. Boemo ba ho etsa ketso e itseng ka
borata kapa ka tsela e bontshang ho hana. /bon. Maithepetliso/.
Boitherelo (bo-it-he-rel-aw) /self decision/ Ketso ya ho itherela kapa ho etsa morero
ka bowena. Boiketsi ba ho itherela kapa ho nka qeto ka bowena. /bon. Maitherelo/.
Boithero (bo-it-he-raw) /self scheming, caucus/ Ketso ya ho ithera kapa ho rera ka
ntho kapa motho. Ketso ya ho bua mmoho ka thoko pele ho seboka kapa kopano ya
dipuisano. Boiketsi ba ho rera. (mm. Rera, rerisa, rerile, rerang, rerela, rerelana).
Boithetso (bo-it-hets-aw) /self decieving/ Ketso ya ho ithetsa kapa ho nahana hore
ntho e ka tsela e itseng empa ho se jwalo. Boiketsi ba ho thetsa. (bap. thetso).
39
40
Boithibo (bo-it-hib-aw) /self control, restrain/ Ketso ya ho ithiba kapa ho kgona ho
itshoara kgahlanong le ho etsa ketso e itseng. Boiketsi ba ho thiba. (mm. Thiba,
thibela, thibang, thibile, thibisa, thibane, thibeha, thibo, thibaka).
Boithoalo (bo-it-hwal-aw) /pregnancy/ Boemo ba ho ba le ngoana popelong kapa ho
emara. Ho ba mokhachane kapa moimana. Ho ba mmeleng. Boiketsi ba ho roala.
Boithohako (bo-it-hwak-aw) /self insulting/ Ketso ya ho ithohaka kapa ho bua tlhapa
e lebesitsoeng ho bowena. Boiketsi ba ho rohaka.
Boitholelo (bo-it-hu-le-law) /neutrality/ Ketso ya ho itholela: tloaelo kapa mokgoa
wa ho bontsha tlhokeho ya leeme kapa tsela e sa bontshahatseng kgetho e
otlolohileng; mokgoa wa ho etsa dintho ka tsela e hlokang tshekamelo ka ho thola
kapa ho se bontshe maikutlo. Mohl. Morena De Klerk o bontsha boitholelo ha ho
buuwa ka ditaba tsa kgethollo. Che, nna ke tla ba bontsha boitholelo tabeng ena:
nkeke ka hlahisa maikutlo a ka. Hobaneng eka o sebedisa boitholelo tje monna,
bontsha maikutlo a hao!
Boithonkgo (bo-it-hun-kgaw) /injury aggravation/ Ketso ya ho inthonkga: ho etsa
hore bohloko ba leqeba ho eketsehe; keketseho ya bohloko ba leqeba e bakoang ke
monga lona. Boiketsi ba ho thonkga.
Boithotelo (bo-it-hu-te-law) /self pissing, bed wetting/ Ketso ya ho ithotela: ho rotela
diphahlo kapa moalo ntle le boikemisetso. Lefu la serota.
Boithusi (bo-it-hu-si) /self help/ Ketso ya ho ithusa kapa ho fana ka tshehetso bakeng
sa hao kapa bowena. Boiketsi ba ho thusa.
Boitiiso (bo-it-is-aw) /self strengthening/ Ketso ya ho itiisa kapa ho etsa hore mmele,
kelello kapa bowena ba hao bo be matla. Boiketsi ba ho tiisa. (bap. Tiisetso, thoalo).
Boitimo (boi-ti-maw) /fasting/ Ketso ya ho itima sejo kapa ho hana dijo ka mabaka a
itseng. Boiketsi ba ho tima. (mm. Tima, timana, timaka, timme, timang, timo, time).
Boitjalo (bo-it-jal-aw) /seed dispersal/ Ketso ya ho itjala kapa ho hlaha hoa semela
kapa sejalo ntle le ho jaloa. Boiketsi ba ho jala. (mm. Jala, jalaka, jalla, jadile,
jalajala, jalang, jetse, tjalo).
Boitjariso (bo-it-ja-ris-aw) /self commitment/ Ketso ya ho itjarisa kapa ho nka
moroalo ka bowena ntle le taelo. Boemo ba ho kena mathateng ka bowena kapa ho
kena tabeng tse boima ntle le ho laeloa. Boiketsi ba ho jara.
Boitjoetso (bo-it-jwe-tsaw) /self discipline/ Ketso ya ho itjoetsa kapa ho ikgalema ka
bowena ntle le tshutshumetso ya mang kapa mang. Boemo ba ho kgalema bowena ba
hao bo sa lokang. Boiketsi ba ho joetsa. /bon. Maitjoetso/
Boitlamahanyo (bo-itla-ma-han-yaw) /association, affiliation/ Ketso ya ho
itlamahanya kapa ho kgetha ho wela ho mokga o itseng ka bowena ntle le taelo;
boiketsi ba ho tlamahanya. (mm. Tlama, tlamme, tlamang, tlamo, tlamahanya).
Boitlamo (bo-i-tla-maw) /commitment, undertaking, vow/ Ketso ya ho itlama kapa
ho nka kano. Ketso ya ho dumela ho etsa ketso e itseng tlasa tumellano. Boiketsi ba
ho tlama. /bon. Maitlamo/ (mm. Tlama, tlamana, tlamolla, tlamme, tlamang,
tlamaka).
Boitlatlarietso (bo-i-tla-tla-ri-ets-aw) /nagging, complaning/ Ketso ya ho itlatlarietsa
kapa ho balabala lolololo. Boemo ba ho bua haholo. Boiketsi ba ho tlatlarietsa.
Boitlhahafatso (bo-itl-ha-fats-aw) // Ketso ya ho itlhahafatsa kapa ho iketsa bohale
ka lebaka le itseng. Boemo ba ho ikhalefisa. Boiketsi ba ho hlahafatsa. (mm. Hlaha,
hlahafala, hlahafatsa, hlahafetse, hlahafisa, tlhahafiso, tlhahafatso).
Boitlhahisetso (bo-itl-ha-his-ets-aw) /self producing/ Ketso ya ho itlhahisetsa kapa
ho etsa ka ho sibolla ntho ka bowena. Boiketsi ba ho hlahisetsa.
40
41
Boitlhahiso (bo-itl-ha-hi-saw) /manifestation/ Ketso ya ho itlhahisa: ho ba pontsheng
ya leihlo moo ho bonahalang mekgoa, sebopeho le boemo.
Boitlhahiso (bo-itl-ha-is-aw) /self appearing/ Ketso ya ho itlhahisa kapa ho hlaha ka
bowena ntle le ho batloa. Boiketsi ba ho hlahisa. (bap. boiponahatso).
Boitlhaloso (bo-itl-ha-lu-saw) /identification/ Ketso ya ho itlhalosa kapa ho hlalosa
bowena ba hao le morero wa hao. Boemo ba ho bontsha hore o mang, wa hokae;
boiketsi ba ho hlalosa. (mm. Hlalosa, hlolosetsa, hlalositse, hlalosang, tlhaloso).
Boitlhatlhobo (bo-itl-ha-tl-hu-baw) /self-analysis/ Ketso ya ho itlhatlhoba kapa ho
sheba phoso kapa dintle le dibe tsa hao. Boiketsi ba ho hlahloba.
Boitlhekefetso (bo-itl-hi-ki-fe-tso) /self inflicting/ Ketso yaho itlhekefetsa kapa ho
ikutloisa bohloko ka baka le itseng. Boiketsi ba ho hlekefetsa.
Boitlheketlho (bo-itl-hek-etl-haw) /self shaking/ Ketso ya ho itlheketlha kapa ho
tsitsinyeha ntle le ho etsisoa joalo. Ketso ya ho tjeka ka baka la mmino. Boemo ba ho
tsitsinyeha ka bowena. Boiketsi ba ho hlekehla. (bap. choachoaselo).
Boitlhetlheello (bo-itl-hetli-el-law) /overdosage/ Ketso ya ho itlhetlheella kapa ho
ipha dijo tse ngata hofeta tekanyo. Boiketsi ba ho hlehleella. (bap. bonyofu).
Boitlhobodiso (bo-itl-hu-bu-dis-aw) /self empoverishing/ Ketso ya ho itlhobodisa
kapa ho etsa hore o futsanehe ka bowena ka baka la ketso tse itseng. Ketso ya ho
hlobola diphahlo ka bowena. Boiketsi ba ho hlobodisa.
Boitlhoekiso (bo-itl-hwe-kis-aw) /purification/ Ketso ya ho itlhoekisa kapa ho tlosa
sekodi mmeleng ka ho hloekisa kapa ho hlatsoa ka ntho e itseng. Boiketsi ba ho
hloekisa. (mm. Hloekisa, hloekisitse, hloekisang, tlhoekiso).
Boitlhokomelo (bo-itl-haw-kom-el-aw) /self caring/ Ketso ya ho itlhokomela kapa
ho nka bohato ba ho thibela kotsi pele e hlaha ka bowena. Boemo ba ho ipaballa;
boiketsi ba ho hlokomela. (bap. boipaballo).
Boitlhomopele (bo-itl-haw-maw-pi-li) /a lead, leading/ Ketso ya ho itlhoma pele
kapa ho ba ka pele, kapa ho nka ketapele hoa sehlopa sa ditlhodisano kapa sebapadi sa
papadi e itseng. Boiketsi ba ho hloma pele.
Boitlhompho (bo-itl-homp-haw) /self respect/ Ketso ya ho itlhompha kapa ho lesa
ketso tse ka o tlontlollang kapa tsa o tshehisa ka batho. Boemo ba ho se nkele batho
fatshe. Boiketsi ba ho hlompha. (mm. Hlompha, hlomphana, hlomphaka, hlompheha,
hlomphile, mohlomphehi, tlhompho) (bap. tlhompho) /bon. Maitlhompho/.
Boitlhonamiso (bo-itl-hu-na-mi-saw) /self saddening/ Ketso ya ho itlhonamisa kapa
ho etsa ketso tse etsang hore o hloke monate. Boiketsi ba ho hlonama.
Boitlhophiso (bo-itl-hop-is-aw) /preparation/ Ketso ya ho itlhophisa kapa ho
itukisetsa ketsehalo e itseng. Boemo ba ho ba malala-a-laotsoe. Boiketsi ba ho
hlophisa. /bon. Maitlhophiso. (bap. boitukiso).
Boitlhopho (bo-itl-hup-aw) /self troubling/ Ketso ya ho itlhopha kapa ho ithaopa ho
etsa ketso e itseng bakeng sa motho emong kapa bowena. Boiketsi ba ho hlopha.
(mm. Hlopha, hlopheha, hlophehile, hlophile, mohlophehi, tlhopheho, tlhopho).
Boitloaetso (bo-itl-wa-ets-aw) /addiction, addictiveness/ Ketso ya ho itloaetsa kapa
ho ba lekgoba la ketso tse itseng. Boemo ba ho ja tloae. /bon. Maitloaetso/.
Boitlontlollo (bo-itl-ontl-ul-law) /self humilation/ Ketso ya ho itlontlolla kapa ho
etsa ketso e kgesehang ho wena. Boiketsi ba ho tlontlolla. /bon. Maitlontlollo/.
Boitoantsho (bo-it-wants-haw) /conflict, disagreement/ Ketso ya ho itoantsha kapa
ho se dumellane ka taba kapa ketso e itseng pakeng tsa batho kapa mokgatlo. Boiketsi
ba ho loantsha.
Boitokisetso (bo-it-uki-se-tso) /readiness/ Ketso ya ho itokisetsa kapa ho ba
maemong a ho etsa ketso e itseng. Boiketsi ba ho lokisetsa.
41
42
Boitokiso (bo-it-uki-saw) /preparedness/ Ketso ya ho itokisa kapa ho ba malala-alaotsoe. Mokgoa wa ho ba maemong a lokileng bakeng sa ketsahalo e itseng, e tlang
ho etsahala nako e tlang. Boemo ba ho dula o itlhophisitse.
Boitokollo (bo-ito-kol-law) /resignation/ Ketso ya ho itokolla: ho lesa mosebetsi; ho
tlohela tshebeletso; ho se tsoelepele ka ho sebetsa. (bap. Tlohelo).
Boitsamaiso (bo-its-ama-is-aw) /independence/ Ketso ya ho itsamaisa kapa ho etsa
ntho ka bowena ntle le thuso. Boemo ba ho laola bowena. (mm. Tsamaya, tsamaisa,
tsamaile, tsamayang, motsamao, motsamai) (bap. boipuso).
Boitsebahatso (boi-tse-ba-ha-tso) /induction, launch, presentation, debut/ Ketso ya
ho itsebahatsa: ho bonoa lekgetlo la pele; ho hlahisoa sehlopheng kgetlo la pele; ho
joetsoa ka melao ya mosebetsi lekgetlo la pele; ketsahalo e bonahatsoang le ho
tsebahatsoa qalong. (bap. selelekela).
Boitsebiso (bo-its-ibi-saw) /introduction/ Ketso ya ho itsebisa kapa ho hlalosa
bowena ba hao, sebopeo le hore o mang. Boemo ba ho tsebahatsa bowena ba hao;
boiketsi ba ho tsebisa. (mm. Tseba, tsebisa, tsebiso, tsebana, tsebano, tsebang, tsebile,
tsebo, setsebi) /bon. Maitsebiso/.
Boitsebo (bo-its-eb-aw) /self awareness/ Ketso ya ho itseba kapa ho tseba bowena ba
hao ka botlalo. Boemo ba ho utloisisa bowena ba hao. Boiketsi ba ho tseba.
Boitseko (bo-its-ek-aw) /freedom struggle/ Ketso ya ho itseka kapa ho loanela
tokoloho kapa ditshoanelo. Boemo ba batho ba ntoeng ya boipuso. Boiketsi ba ho
tseka. (mm. Tseka, tsekisa, tsekisaka, tsekisana, tsekisitse, tseko, tsekang, tsekile).
Boitshabehiso (bo-its-ha-be-his-aw) // Ketso ya ho itshabehisa kapa ho etsa sebopeho
sa hao se be sebe kapa se mpefale. Boiketsi ba ho tshabehisa.
Boitshebetso (bo-its-he-bets-aw) /self employment/ Ketso ya ho itshebetsa kapa ho
sebetsa ntle le ho ba mosebeletsi wa motho e mong. Boiketsi ba ho sebetsa.
Boitshepo (Bo-its-hep-aw) /confidence/ Ketso ya ho itshepa kapa boikutlo ba ho ba
mohlodi. Boemo ba ho ikutloa o le motle kapa o ka hlola. Boiketsi ba ho tshepa.
Boitshidiso (bo-its-hi-dis-aw) /self condolence/ Ketso ya ho itshidisa kapa ho thoba
bohloko ba pelo kapa maikutlo ka bowena. Boemo ba ho kokobetsa bohloko ba pelo
kapa maikutlo. Boiketsi ba ho tshidisa. /bon. Matshidiso/.
Boitshihlollo (bo-its-hi-hlul-law) /conception, accouchment/ Ketso ya ho itshihlolla
kapa ho tsoala ngoana kapa lekgabunyane. Boiketsi ba ho sihlolla. (bap. Tshihlollo,
sihlolla).
Boitshireletso (bo-its-hi-re-le-tso) /self defence, protection/ Ketso ya ho itshireletsa:
ho kgona ho loana kgahlanong le sera ntle le ho thusoa; tsebo ya ho hlola mofutuhi
kapa sera ntle le thuso. (bap. tshireletso).
Boitshito (bo-its-hit-aw) /obesity, overweight/ Ketso ya ho itshita kapa ho ba le
mmele o motenya kapa boima haholo. Boemo ba mmele o moholo hofeta tekanyo;
boiketsi ba ho sita. (mm. Sita, sitoa, sitisa, sitile, sitiloe, tshito, tshitiso).
Boitshoabelo (bo-its-hwa-bel-aw) /embarrassment/ Ketso ya ho itshoabela kapa ho
ba dihlong ka bowena ba hao ka baka la ketso e itseng, e tlontlollang. Boemo ba ho ba
le tshoabo. Boiketsi ba ho soabela. (mm. Soaba, soabisa, soabile, soabang, tshoabiso,
tshoabo) /bon. Masoabi, maitshoabelo/.
Boitshoabiso (bo-its-hwa-bis-aw) /self disappointing/ Ketso ya ho itshoabisa kapa
ho phoqa bowena ka ketso tse itseng. Boiketsi ba ho soabisa.
Boitshoantshi (bo-its-hwa-nts-hi) /duplication, copy/ Ketso ya ho itshoantshisa kapa
ho etsa hore ntho di tshoane kapa di shebahale ka tsela e le nngwe. Boiketsi ba ho
tshoantshisa. /bon. Maitshoantshiso, diitshoantshisi/.
42
43
Boitshoaro (bo-its-hwa-raw) /behaviour, manner, etiquette/ Ketso ya ho itshoara
kapa ho bontsha mokgoa o motle. Boemo ba ho ithiba ho se etse ketso e itseng;
boiketsi ba ho tshoara.
Boitshoehliso (bo-its-hwe-hlis-aw) /self dirty/ Ketso ya ho itshoehlisa kapa ho
itshilafatsa. Boemo ba ho etsa hore o tshoehle ka bowena. Boiketsi ba ho tshoehlisa.
Boitshoenyo (bo-its-hwen-yo) /an attempt, an endevour/ Ketso ya ho itshoenya
kapa ho leka ho etsa ntho e itseng bakeng sa motho e mong; ho etsa matsapa a ho
phethahatsa ketso e itseng bakeng sa motho emong kapa bowena. Boiketsi ba ho
tshoenya. /bon. Maitshoenyo/.
Boitshohlometso (bo-its-hu-hlu-me-tso) /interruption/ Ketso ya ho itshohlometsa:
ho kena ditabeng tse sa ameng moetsi; ho etsa ketso e itseng ntle le tumello kapa
taelo. (bap. Tshohlometso).
Boitshokodiso (bo-its-huk-dis-aw) /self troubling/ Ketso ya ho itshokodisa kapa ho
etsa hore o sokole ka bowena. Boemo ba ho etsa ketso e senang mosola. Boiketsi ba
ho sokodisa. (mm. Sokola, sokodisa, sokotse, sokolaka, sokolang, tshokolo,
tshokodiso, tshokolako).
Boitshokolelo (bo-its-huk-ul-el-aw) /self suffering/ Ketso ya ho itshokolela kapa ho
sokola ka bowena ntle le ho sokodisoa. Boemo ba ho nka mohato o boima ka bowena
ka baka la tshokolo kapa tshotleho. Boiketsi ba ho sokolela.
Boitshotetso (bo-its-hot-ets-aw) /self approaching/ Ketso ya ho itshotetsa kapa ho
atamela pela motho kapa ntho e itseng. Boemo ba ho ba haufi. Boiketsi ba ho sotetsa.
Boitshotlo (bo-its-hot-law) /self suffering/ Ketso ya ho itshotla kapa ho baka
tshotleho ka bowena ka ketso tse itseng. Boiketsi ba ho sotla.
Boitshukudiso (bo-its-huk-udi-saw) /self troubling/ Ketso ya ho itshukudisa kapa ho
etsa ketso tse sokodisang bowena. Boemo ba ho nka diketso tsa tshokolo. Boiketsi ba
ho sokodisa. Tlh. Lentsoe le nepahetseng ke “boitshokodiso” hofeta “boitshukudiso”
le ha batho babang ba rata ho sebedisa lentsoe lena ka modumo wa “U” o tebileng
haholo. (mm. Sokola, sokodisa, sokotse, sokolaka, sokolang, tshokolo, tshokodiso,
tshokolako) /bon. Maitshukudiso/.
Boitshunyatshunyo (bo-its-hun-ya-ts-hun-yaw)/interference/ Ketso ya ho
itshunyatshunya kapa ho kena „taba tse sa batleng wena. Boemo ba ho ba ditabeng tse
sa hlokeng boteng ba hao. Boiketsi ba ho sunyasunya. (mm. Sunyasunya,
sunyasunyile, moitshunyatshunyi) /bon. 0/.
Boitsitsinyo (bo-its-its-in-yaw) /action plan/ Ketso ya ho itsitsinya kapa ponahalo ya
ho nka mohato kapa bohato ka ketso e itseng. Boiketsi ba ho tsitsinya.
Boitukiso (bo-it-uk-is-aw) /preparedness, readiness/ Ketso ya ho itukisa kapa ho ba
makgatheng a ho etsa ketso e itseng. Malala a laotsoe. Boiketsi ba ho lokisa.
Boitumelo (bo-it-ume-law) /happiness/ Ketso ya ho itumela kapa ho bontsha thabo e
kgolo bakeng sa bowena. Boemo ba ho thaba kapa ho ba motlotlo haholo. Boiketsi ba
ho dumela. Tlh. Hangata lentsoe lena le sebedisoa ke Batswana.
Boitumiso (bo-it-umi-saw) /self fame, self exaltation/ Ketso ya ho itumisa kapa ho
etsa setumo bakeng sa hao kapa bowena. Boemo ba ho iphahamisa kapa ho ipeha
boemong bo hodimo ka bowena. Boiketsi ba ho tumisa. /bon. 0/.
Bojabotsheha (bu-ja-buts-he-ha) /eat-and-smile-person/ Motho ya dulang a
bososela kapa a tsheha ha a ja. /bon. majaatsheha/ (mm. bojabotseha).
Bojadikata (bo-ja-di-ka-ta) /great starvation, recession/ Tlhokeho ya dijo e kgolo
ka ho fetisisa, e aparetseng boholo ba naha. Boemo ba ho ja dikatana ka baka la ho
sokola kapa bosio ba dijo. /bon. mejadikata/.
43
44
Bojoala (Bo-jwa-la) (bojwala) /beer/ Seno se tahang kapa tawang. Seno se
kopantsoeng ka metsoako ya ditomoso, sa riteloa mme sa tlhotloa. (bap. joala).
Bojoale (Bo-jwa-le) /present/ Nako yona ena. Honajoale. Eseng hosane kapa
maobane empa kajeno. Motsotsong ona. Nako yona ena.
Bojoalo (bo-jwa-lo) /typical/ Sebopeho seo ntho kapa motho a hlalosoang ka sona se
nepahetseng ka botlalo. Mohl. Re a tseba hore ke bojoalo ba hae.
Bojoang (bo-jwa-ng) /grass/ Semela se ka sebedisoang molemong wa phoofolo kapa
motho bakeng sa ho jewa kapa ho etsa mosebetsi o itseng.Tem. Basotho ba boroa ha
ba sebedisa lentsoe lena ba poma “bo” mme ho sale “joang”. /bon. Majoang/.
Boka (bo-ka) /praise/ Ho paka boholo ba Modimo le matla ohle a Hae. Ho bontsha
teboho ka pina kapa diketso tse itseng. Mael. Ho boka dikgomo: ho dumedisa. Mael.
Ho boka ha di oroha: ho lebella sephetho sa se etsahalang kapa se buuwang
honajoale, hamorao.
Boka (bo-ka) /to make love, to have sex/ Ho robala le motho e motona kapa e
motshehadi ka baka la ho kotana.
Boka (bu-ka) /polish/ Mafura a tlotsang dieta, fatshe ka hara ntlo kapa thepa ya ka
tlung e phatsimisoang. /bon. 0/.
Bokaba (bo-ka-ba) /primitive/ Boemo ba motho kapa ntho e sa hlalefang. Mokgoa
wa sekgalekgale wa ho phela. Ketso ya motho kapa ntho e sa rutehang. Tloaelo tsa
leqaba. (bap. boqaba).
Bokahare (bu-ka-ha-re) /an inside of/ Dipakeng tsa ntho e itseng; sebaka se ka hare
sa ntho e itseng. (bap. bohare).
Bokahodimo (bu-ka-ho-di-mu) /top of, upper side/ Sebaka se hlahelletseng hodimo;
boemo bo bonahalang ka sebopeho sa sona se hlahelletseng; lefetodi la bokatlase.
Bokakalope (bo-ka-ka-lu-pe) /vagrance, drop out/ Boemo ba sekakalope kapa
motho ya tsamayang ntle le morero kapa sepheo. Mokgoa wa motho ya joalo. Tloaelo
le mokgoa wa motho ya hlolehileng dithutong tsa hae ebile a etsa diketso tse mpe
haholo. Tlh. Lentsoe le nepahentseng ke “bokakalope” hofeta “boqaqalope”.
Bokako (bo-ka-ku) /frivolousness/ Ntle le ho tia kapa pontsho ya botio; tlhokeho ya
mafolofolo le botio. Ketso e bontshang hose be le thahasello kapa botio ba ketsahalo e
etsoang; mokgoa wa lekako.
Bokamorao (bu-ka-mu-ra-u) /back side/ Lehlakore le ka morao la mmele kapa ntho;
lefetodi la bokapele.
Bokamoso (bo-ka-mus-aw) /future/ Motsotso, motsotsoana, hora, letsatsi, kgoedi
kapa selemo se tlang. Nako e tlang. Nako e latelang e tlang ho fihla ka mora nakoana
e itseng. Boemo ba motho ha bo hlalosoa ho ya ka nako e tlang. (bap. Kamoso).
Bokana (bo-ka-na) /to gather/ Ho ba mmoho kapa kaofela. Ho ba teng nqa e le
nngwe kapa sebakeng seleseng. Ho kgobokana nqa e le nngwe.
Bokana (baw-ka-na) /to have sex with/ Ketsetsano ya ho boka. Ho robalana pakeng
tsa motho e motshehadi le e motona. (bap. Kotana).
Bokanqane (bo-ka-nqa-ne) /transparence, transparent, porosity/ E bonahalang
kapa e bonahatsang bokahare; eo le ha e le teng leihlo le kgonang ho bona bokahare
ba yona.
Bokantle (bu-ka-ntle) /crust, outside of/ Sebopeho sa ntho ha e shejoa kapa e
hlahlojoa kantle, ntle le bokahare ba yona; ponahalo eo leihlo le e bonang, e
pepeneneng. Lefetodi la bokahare.
Bokanya (bo-kan-ya) /unify/ Ho etsa hore batho kapa dintho di be sebakeng seleseng;
ho etsa hore batho kapa dintho di be mmoho sebakeng seleseng.
44
45
Bokaota (bo-ka-o-ta) /vagrant, rolling stone/ Boemo ba motho ya tsamayang
dibakeng tse ngata ntle le morero kapa sepheo sa bohlokoa. (bap. lekaota).
Bokapele (bu-ka-pe-le) /front side/ Lehlakore le ka pele la mmele kapa ntho;
ponahalo ya ntho ha e hlauwe ka pele. (bap. bomorao, bokamorao).
Bokatlase (bu-ka-tla-se) /lower side, underneath/ Sebaka se hlahelletseng tlase kapa
katlase; boemo bo bonahalang ka sebopeho sa sona se hlahelletseng tlase; lefetodi la
bokahodimo. (bap. Bokahodimo, bokahare, bokantle, kantle, kahare, bokamorao).
Bokebekoa (bo-ke-be-kwa) /crime/ Ketso ya motho ya phelang ka ho utsoa,
qhekanyetsa le ho hlekefetsa ho fihlella seo a se batlang. Mosebetsi wa sekebekoa
kapa motho ya utsoang le ho qhekanyetsa. (bap. Sekebekoa).
Bokeleme (bo-ke-le-me) /chicanery/ Ketso ya ho sebedisa puo ya ho jalletsa;
mosebetsi wa sekeleme kapa moqhekanyetsi. (bap. bokebekoa).
Bokeletsa (bu-ke-le-tsa) /accumulate, conglomerate/ Ho etsa hore dintho di be ngata
kapa di ngatafale. Ho eketsa ka ho ngatafatsa.
Bokella (bu-kel-la) /collect/ Ho etsa qubu kapa qhowa ya dintho. Ho thonaka ka ho
etsa bongata ba ntho. Ho nka ho tloha fatshe.
Bokella (bu-kel-la) /to assemble, to amass/ Ho etsa hore batho ba be bakeng
seleseng. Ho etsa hore batho ba be pitsong.
Bokeno (bu-ken-aw) /entrance/ Sebaka seo batho ba tsamayang ho sona ha ba kena
moahong o itseng. Lesoba la ho kena ka hare. (bap. Monyako, lemati, lehlafi).
Bokgobi (bo-kgo-bi) /sculpture/ Mosebetsi wa mokgobi kapa sekgobi. Ketso ya ho
bopa kapa ho etsa setshoantsho ka sefate, lejoe kapa ntho e itseng. Boemo ba ho betla
sefate, lejoe kapa ntho e itseng ho etsa setshoantsho. (mm. Kgoba, kgobile, kgobang,
kgobo, sekgobi, mokgobi) /bon. Bakgobi, dikgobi/.
Bokgabane (bo-kga-ba-ni) /gentlemanlike, gentleness/ Ketso ya ho ba kgabane kapa
ho bontsha tlhompho. Boemo ba mohlankana kapa monna ya ketso tse ntle kapa
mekgoa e metle. (bap. Kgabane) /bon. Makgabane/.
Bokgachane (bo-kga-cha-ni) /pregnancy/ Boemo ba ho ba le ngoana ka mpeng kapa
boteng ba bophelo ka popelong ya mosadi kapa motho e motshehadi. Boemo ba ho ba
moimana kapa ketso ya ho emara. /bon. 0/.
Bokgale (bo-kga-le) /past tense/ Ntho kapa ketso e etsahetseng nako e fitileng kapa
kgale. Ketsahalo ya polelo kapa maemo a ntho e etsahetseng kgale. Ketsahalo e
etsahetseng pele ho hona joale. Lentsoe le bontshang ketsahalo e etsahetseng kgale
kapa nako e fetileng. (bap. Bojoale).
Bokgeleke (bo-kge-le-ke) /good singing, stardom/ Ketso ya ho ba kgeleke kapa ya
ho tseba ho bina. Boemo ba motho ya tsebang ho bina. Ponahalo kapa tsebo ya ho
tuma ka baka la mmino kapa ho bua haholo. (mm. Kgeleketsa, kgeleketso, kgeleke).
Bokgoahlapa (bo-kgwa-hlap-a) /untidiness, carelessness/ Boemo ba ho ba
sekgoahlapa kapa motho ya bohlasoa. Tlhokeho ya makgethe kapa ho se ithate.
Bokgoahlapa (bo-kgwa-hlap-a)/negligence, disregard, oversight/ Mokgoa wa ho
baka diketso tse lebisang kotsing kapa tsietsing eneng e ka qojoa; boemo le tloaelo e
lebisang kotsing ka lebaka la bohlasoa ba moetsi. (bap. Sekgoahlapa).
Bokgoba (bu-kgaw-ba) /bondage/ Boemo ba lekgoba kapa motho ya sebedisoang ka
thata a sa lefjoe. Ketso ya ho sebetsa ka thata ntle le moputso. Mosebetsi wa lekgoba.
Bokgonatha (bu-kgu-na-tha) /stinginess, parsimonity/ Boemo ba motho ya
timanang haholo; motho ya sa faneng ka seo anang le sona le ha se le sengata.
Bokgoni (bo-kgo-ni) /capability/ Ketso ya ho kgona kapa ho tseba ho etsa ntho e
itseng ka bokgabane, boqhetseke kapa botle. (mm. Kgona, kgonahala, kgonne,
kgono).
45
46
Bokgonono (bu-kgaw-naw-naw) /scepticism/ Boteng ba pelaelo kapa ho se tshepe;
pohahalo ya ho tsilatsila kapa ho belaela. Boemo ba ho ba le lekgonono.
Bokgutshoanyane (bo-kguts-wan-yan-e) /shortness, in short/ Ketso ya ho ba
kgutshoanyane kapa ho hloka bolele. Boemo ba ntho kapa motho ya seemo seseng
seholo ho ya hodimo. Ka tsela eo eseng telele. (mm. Kgutshoanyane, kgutsufala,
kgutsufalo, kgutsofatso, kgutsufatsa, mokgutshoanyane).
Bokhalokhalo (bu-kha-lu-kha-lu) /pap crust/ Letlalo la bohobe le cheleng kapa le
tiileng. Letlalo la sejo se itseng ha se chele. /bon. makhalokhalo/.
Bokhokho (bo-kho-kho) /pap crust/ Letlalo la bohobe le cheleng kapa le tiileng;
letlalo la sejo se itseng ha se chele. /bon. makhokho/ (bap. bokhalokhalo).
Boko (baw-kaw) /brain/ Bokahare ba lehata kapa lesapo la hlooho moo ho nang le
lero seka sereledi seo eleng sona se ikarabellang bakeng sa ho nahana, utloa, bona,
thetsa, rera, kapa ho bontsha diketso tsa motho kapa phoofolo e phelang. /bon.
maboko/. Mael. Ho bola boko: ho ruteha haholo; ho ba le thuto e fetang kamoo ho
hlokahalang kateng; ho ba bohlale haholo
Bokoala (bo-kwa-la) /cowardice/ Boemo ba lekoala kapa motho ya tshabang ho
loana kapa ho ya ntoeng. Ponahalo ya tshabo ya ho ithaopa kapa letsoalo la ho etsa
ketso e itseng. Mosebetsi kapa boemo ba lekoala.
Bokoata (bo-kwa-ta) /barbarism, uncivilised act/ Boemo ba koata kapa motho ya
etsang diketso tse sa tsamaisaneng le sejoalejoale. Ketso ya ho etsa ntho tsa sekgale
kgale, kajeno. (bap. koata, leqaba).
Bokoeta (bo-kwi-ta) /hijacking/ Ketso ya sekoeta kapa motho ya nkang motho
emong ka mahahapa. Boemo ba ho koetela kapa ho nka ntle le tumello. (bap.
Sekoeta).
Bokolla (bo-kol-la) /to cry/ Ho bontsha bohloko ka ho ntsha keledi kapa ho hoeletsa
haholo. Ho lla haholo ha bohloko. (mm. Seboko) /bon. Diboko/.
Bokollisa (baw-kawl-li-sa) /cause to cry/ Ketsiso ya ho bokolla.
Bokoma (bo-ko-ma) /an act of being a traditional healer/ Boemo ba ho ba mokoma
kapa motho ya fodisang wa setho ka ho sebedisa mothokgo kapa taola. Boemo ba
mokoma. Phodiso ka ho laola le tshebediso ya moriana wa setho. Boemo ba ho ba
mokoma kapa ngaka e laolang ka masapo le ho sebedisa methokgo. Boemo ba ho ba
nkgekge kapa ngaka ya setso e sebedisang ditaola kapa moriana wa setho. (bap.
mokoma, lethuela).
Bokomonisi (bo-ko-mo-ni-si) /communism/ Mokgoa, tumelo le moetlo o
sebedisoang ke lekomonisi kapa motho wa naha ya makomonisi. Moetlo wa ho beha
maruo a naha mmusong le batho ba teng. (bap. lekomonisi).
Bokopa (bo-kop-a) /without tail/ E hlokang mohatla. E senang mohatla kapa mosela.
Bokudi (bo-ku-di) /sickness, illness, ailment/ Boemo ba hose be monate mmeleng
kapa kelellong. Tlhokeho ya ho phela hantle. Bosio ba mafolofolo kapa matjato.
Bokuduba (bo-ku-du-ba) /horse, camel or donkey dung/ Masepa a pitsi, koatola,
pokola, pere, kamela kapa leloka le lelapa la phoofolo tsena. /bon. makuduba/ (bap.
bolokoe, kgapane, sesu).
Bola (bo-la) /to get rotten, to decompose/ Ho etsa hore ntho e lahle boleng ba yona
ka ho senyeha kapa ho fetola sebopeho se setle. Ho etsa hore ntho e nkge ka baka la
ho hloka bophelo bo botle kapa bokgale. Mael. Ho bola boko: ho ruteha haholo; ho ba
le thuto e fetang kamoo ho hlokahalang kateng; ho ba bohlale haholo
Bolacha (bo-la-cha) /simple/ Ka tsela e bobebe kapa e bobebo. Ka tsela e bonolo e
hlokang bothata. Ha bonolo ntle le tshitiso.
46
47
Boladu (bo-la-du) /pus, purulence/ Madi a bodileng a leqeba. Metsi, seka lero, a
hlahang mmeleng e le pontsho ya bokudi ba leqeba kapa mmele. /bon. 0/ Mael. Ho
phunya seso se tsoe boladu: ho bua taba ntle le ho potoloha kapa ho tsilatsila.
Bolaile (bu-la-ile) /killed/ Bokgale ba ho bolaya.
Bolaisa (bo-la-is-a) /to lead into troubles/ Ho kenya kgathatsong kapa ho isa
bothateng kapa boemong ba ho otloa kapa ho fenethoa.
Bolaisoa (bo-la-is-wa) // Boetsuwa ba ho bolaisa.
Bolakara (bo-la-ka-ra) /candle holder/ Sesebedisoa se tshoarang lebone kapa ntho e
kgantshang. /bon. mabolakara/.
Bolala (bo-la-la) /vagabonce/ Boemo ba ho ba selala kapa ho dula le ho tsamaya
hohle ntle le sepheo kapa morero o tsitsitseng.
Bolala (bo-la-la) /that one over there/ Lesupi le bontshang ntho e hole e qalang ka
tlhaku “B” ; lentsoe le sebedisoang ho supa ntho e hole ka ho toboketsa. Mohl. Ke
batla boleke bolala. Mphe bohobe bolala. Ke tsamaya le bolala bo mane.
Bolao (bo-la-o) /habitat/ Sebaka seo phoofolo kapa ntho e itseng e dulang ho sona
kapa teng; sehaelo sa phoofolo kapa ntho e itseng. (bap. selao).
Bolapa (bu-la-pa) /nepotism/ Tloaelo ya ho etsetsa ba lelapa botle, haholo ka ho ba fa
mosebetsi o lefang tshebeletsong tsa mmuso kapa tsamaiso. /bon. 0/ (bap. selelapa).
Bolauwe (bo-lau-we) /killed, assassinated, murdered/ Bokgale ba ho bolaya.
Bolawa (bu-la-wa) /killed, murdered/ Boetsuwa ba ho bolaya. (mm. Bolaoa).
Bolaya (bu-la-ya) /to kill/ Ho fedisa bophelo ba motho kapa ntho e phelang. Ho tlosa
bophelo kapa ho etsa hore motho kapa ntho e phelang e shoe. Mael. Mpa tshehla ha e
bolaye: ha feela motho a jele a kgotshe, tseding ha di hlokahale.
Bolayela (bu-la-ye-la) /kill for/ Ketsetso ya ho bolaya. (mm. Bolaela, bolaeela).
Bole (bo-le) /that one/ Lesupi le bontshang ntho e hole e qalang ka tlhaku “B”.
Lentsoe le sebedisoang ho supa ntho e hole. Mohl. O bua ka bohobe bole.
Bolebadi (bo-le-ba-di) /amnesia/ Lefu le bakang ho lahleheloa ke kgopolo e kgolo;
boemo ba molebadi; ho se hopole se etsahetseng ka botlalo. (bap. tebatso, tebalo).
Boledisa (bo-le-dis-a) /to advertise/ Ho pepesa ntho e itseng ka sepheo sa hore e
rekoe kapa e rekisoe. Ho hoebisa ka ho bua ka ntho hore e rekoe.
Bolehe (bo-le-he) /stupidity/ Boemo ba selehe kapa motho ya hlokang bohlale kapa
tlhalefo ka ketso tsa hae. Ketso tse hlokang tjantjello kapa mafolofolo. (bap. Selehe)
Bolekana (bo-le-ka-na) /small tin/ Lebekere le lenyane le sebedisoang ho tshela ntho,
haholo tse metsi, kapa tse ka tsheloang. /bon. malekana/.
Bolekane (bu-le-ka-ni) /friendship, covenant, alliance/ Setsoalle kapa botsoalle bo
tiileng bo etsoang ke batho, dinaha kapa mekgatlo. Tshepiso enang le tiisetso e
etsoang ke Modimo ho batho ba dumelang ho Yena le molao wa Hae; tumellano e
nang le tshepiso ha e phethahatsoa. (bap. selekane).
Boleke (bo-le-ke) /tin container/ Lebekere le sebedisoang ho tshela ntho, haholo tse
metsi, kapa tse ka tsheloang. /bon. maleke/ (bap. mmolopita).
Bolela (bo-le-la) /report/ Ho fana ka tlaleho ya ketsahalo e itseng. Ho bua ka se
etsahetseng. (mm. Bolella, bolelletse, bolelang, boledisa, bolelaka, polelo, polelako).
Bolele (bu-le-li) /does not mean/ Se sa hlaloseng seo ho buuwang ka sona; seo eseng
sona se lebeletsoeng kapa se hlalosoang. Mohl. Sena ha se bolele hore o nepile. Hona
ha ho bolele hore ke tla o fa chelete. Ho apara hantle ha ho bolele hore o motle. Hore
o badile haholo ha ho bolele hore o nkgekge ya puo ya Sesotho.
Bolele (bo-le-le) /amoebic plant, amoeba/ Semela se melang majoeng a dinoka tse
phallang metsi, se hlokang mahlaku joalo ka dimela tse tloaelehileng. /bon. 0/.
47
48
Bolelele (bo-le-le-le) /height/ Bophahamo ba motho kapa ntho e itseng ka ho ya
hodimo kapa ha e lekanyoa ka botlase le bophahamo. Boemo kapa sebopeho sa ntho
ha e lebisoa hodimo kapa e bapisoa le bohodimo. (bap. selelele, molelele, lelelele).
Boleleri (bo-le-le-ri) /act of wandering/ Boemo ba moleleri kapa motho ya
tsamayang a lelera. Ketso ya ho lelera kapa ho tsamaya hohle hohle ntle le sepheo.
Bolella (bu-lel-la) /tell/ Ho joetsa emong ditaba; ho hlahisa maikutlo ka ho bua.
Bolelletse (bu-lel-le-tse) /told/ Bokgale ba ho bolella.
Bolelletsoe (bu-lel-lets-we) /told/ Boetsuwa le bokgale ba ho bolella.
Bolelloa (bu-lel-lwa) /told/ Boetsuwa ba ho bolella.
Bolemi (bo-le-mi) /agriculture/ Ketso ya ho lema kapa ho sebetsa ka mobu, dijalo le
diphoofolo. Tshebediso ya mobu le dijalo bakeng sa bohwai. (bap. Molemi, sehwai).
Boleng (bou-ileng) /that is/ Boo eleng: boo eleng bona boo ho buuwang ka bona; boo
lebitso ba lona bo qalang ka tlhaku, “B”. Tem. Hantlentle lentsoe lena ke popo ya
mantsoe a mabedi eleng “boo” le “eleng”.
Boleng (bo-le-ng) /worth, value, quality/ Boemo bo boholo ba ntho ha e bapisoa le
tse ding. Tokafalo le netefalo ya ntho e rekisoang kapa e rekoang.
Bolepi (bo-le-pi) /weather forcast/ Ketso ya ho lepa kapa ho hlahisa boemo ba
lehodimo pele bo ipontsha. Mokgoa kapa mosebetsi wa molepi.
Bolepi (bo-le-pi) /fortelling/ Boemo ba ho bontsha ketsahalo e tlang ho etsahala pele
e etsahala. Pontsho kapa tjoetso pele ho ketsahalo.
Bolepu (bo-le-pu) /spider web/ Moaho o etsoang ke sekgo.
Bolepu (bo-le-pu) /corn hair/ Boya ba poone kapa lehanyatsa. Boya ba semela se
joalo ka poone ha e bontsha ho butsoa kapa ho aheha.
Bolla (bawl-la) /to circumcise/ Ho ya mophatong bakeng sa lebollo. Ho etsa moetlo
wa Basotho wa ho poma letlalo la kooma kapa bokapele ba ntoto (foreskin) le ho
ithuta koma le meetlo ya senna le bonna. Ho poma tshuinyo. (bap. faola. phinu).
Bolo (baw-law) /ball/ Sesebedisoa se sedikadikoe, chitja kapa pitikoe se rawang kapa
kapjoang bakeng sa ho bapala kapa dipapadi.
Boloditse (bu-lu-di-tse) /circumcised / Bokgale ba ho bolotsa.
Boloditsoe (bu-lu-di-tswe) /circumcised/ Boetsuwa le bokgale ba ho bolotsa.
Boloetse (bo-lwe-tse) (bolwetse) /disease/ Lefu le kudisang kapa le etsang hore
mmele o be bohloko kapa o kule. Boemo ba ho kula.
Bolofa (bo-lo-fa) /absenteeism, absconding/ Boemo ba ho ba sio mosebetsing kapa
ho se be teng mosebetsing. Koekoetlo kapa palehelo ya mosebetsi. (bap. Bosio).
Boloi (bo-lo-i) /wictchcraft, wizardry/ Ketso ya ho loya kapa ho ba moloi. Boemo
ba ho sebedisa moriana, moya wa bosatane kapa diketso tse itseng ho diela kapa ho
lematsa wa heno. Mokgoa wa moloi kapa motho ya nang le lehloyo, mona, bosoto,
pelompe kapa ya kgahlanong le botle.
Boloka (bo-lo-ka) /save, preserve/ Ho beha polokelong. Ho etsa hore ntho e se fele
kapa e nyamele. Ho etsa hore ntho e dule e le teng kapa e le ngata.
Bolokeha (bo-lo-ke-ha) /save, protected/ E tlasa tshireletso kapa bolebedi; e kekeng
ya hlekefetsoa, utsoa, bolawa kapa lemala ka baka la ho ba le molebedi kapa tebelo.
Bolokoa (bu-lu-kwa) // Boetsuwa ba ho boloka. (mm. bolokwa).
Bolokoe (bo-lo-kwe) /cow, cattle, ox or bull dung/ Masepa a kgomo kapa lelapa la
diphoofolo tsa kgomo. (bap. Mmitedi, moitedi).
Bolokolohi (bo-lo-ko-lo-hi) /emancipation/ Boemo ba ho lokoloha: ho etsa hore
batho kapa ntho e ditlamong e lokolohe; ho etsa hore bokgoba bo fele; ho etsa hore
batshoaruwa kapa makgoba a tsoe ditlamong tsa bokgoba. Ho etsa hore batho le naha
48
49
ya bona e ipuse kapa e kgaotse ho busoa ke naha enngwe; ho kgaotsa ho ba tlasa taolo
ya mmuso wa naha enngwe le bahatelli ba yona. (bap. Tokoloho).
Bolona (bu-lu-na) /yourselves/ Lona ntle le batho kapa motho emong. (bap. botsona).
Bolona (bu-law-na) /itself/ Lesupi le bontshang lebitso kapa lereho le qalang ka “L”
Bolori (bo-law-ri) /hallucination/ Ketso ya ho lora kapa mokgoa wa mophofi: ho ba
le ketsahalo e bonoang nakong ya boroko; ho bona diketsahalo borokong; ho nahana
ka diketsahalo nakong ya ho kgaleha.
Bolotsa (bu-lu-tsa) /circumcise/ Ho isa lebolloang kapa ho poma letlalo la pele la
kooma (foreskin) kapa la ntlha ya kooma. Ho etsa hore motho a phethe moetlo wa
lebollo. (mm. Bolotse, polotso, lebollo, pollo).
Bolotsa (bu-lu-tsa) /to send to initiation school/ Ketsiso ya ho bolla.
Bolotsana (bo-lo-tsa-na) /deception, manipulation/ Mosebetsi wa molotsana kapa
motho ya jalletsang ba bang. Ketso ya moqhekanyetsi.
Bolotsoa (bu-luts-wa) /circumcised/ Boetsuwa ba ho bolla. (mm. Bolotswa).
Boloukatlele (bo-lou-ka-tle-le) /blue wattle, acacia dealbata/ Mofuta wa sehlahlaseka sefate (shrub), se setala selemo ho pota; se makgapetla a boputsoa bo botalana ka
mmala kapa bothokoa ba silefera. /bon. Diboloukatlele. Tem. Semela sena ke sa
molata le ha se fumanoa mona Afrika e ka borwa. Semelo sa sona ke Australia.
Boloukomo (bo-lou-ko-maw) /blue gum tree/ Mofuta wa sefate se holang haholo,
seo kutu ya sona enang le ho fetohela bosoeung nakong ya kholo ya sona. /bon.
diboloukomo, maboloukomo/.
Bomadimabe (bo-ma-di-ma-be) /bad luck, luckless/ Tlhokeho ya lehlohonolo kapa
ho se phomelle nthong tse ngata tse labalabeloang. Ho fumanoa molato o sio. Ho
tshoawa phoso ntle le mabaka. Ho etseletsoa ntle le bonnete. Ho ba madi a mabe.
Bomadi-matsohong (//) /guilty/ Boemo ba ho ba le seabo polaong ya motho ya
itseng. Ho ba le seabo tlefetsong ya motho ya itseng. (bap. molato).
Bomang (bo-ma-ng) /who (plural)/ Batho ba feng: lebotsa le batlang ho tseba ka
batho ba itseng ba sa tsejoeng. (bap. bafe, mang).
Bomashome (bu-ma-shu-me) /tenth/ Ya makgetlo a leshome; ya leshome kapa palo e
latelang robong ka palo. /bon. 0/ (bap. leshome).
Bomenemene (bu-me-ne-me-ne) /betrayal/ Mosebetsi kapa boemo ba lemenemene:
boemo ba motho ya jalletsang ba bang; motho wa diketso tse qhekanyetsang; mokgoa
wa motho ya tloaelehileng ka boqhekanyetsi.
Bommoho (bum-maw-haw) /togertherness, unity/ Boemo ba ho dula, nahana,
tsamaya le ho dumellana ka bolona. Ketso ya sehlopha sa batho ka mmoho.
Bomo (baw-maw) /bomb/ Sesebedisoa se sebedisoang bakeng sa ho qhoma ka
sepheo sa ho bolaya ba direng kapa ho heletsa moaho. /bon. dibomo/ (bap. boomo).
Bomodimo (bo-mo-di-mu) /godliness/ Ponahalo ya tokafalo ka diketso; sebopeho le
mokgoa wa motho ya lokileng.
Bomong (bu-mu-ng) /soloism, solo, oneness/ Ka tsela eo ho senang mothusi. Ka tsela
eo oleng mong. Ka bowena feela.
Bomorao (bu-mu-ra-u) /backward, backwardness/ Boemo ba ho ba morao; ka
morao. Boemo ba lehlakore le fapaneng le le kapele kapa bokapele. (bap bokapele).
Bomoso (bo-mos-aw) /future/ Nako e tlang: motsotso, motsotsoana, hora, letsatsi,
beke, kapa kgoedi e latelang. (bap. kamoso, hosane.
Bompodi (bum-pu-di) /championship/ Boemo ba ho ba mmampodi: motho ya
boemong ba taolo ka baka la tlholo ya hae; motho ya tshajoang ka baka la matla a hae
a ho loana; boemo ba motho ya hlolang ntoeng. /bon. 0/.
49
50
Bona (bo-na) /look, see/ Ho lebisa mahlo nthong e itseng. Ho tadima. Ho boha. Ho
sheba ka mahlo. Ho nepisa leihlo le ntho e itseng. (bap. Qamaka, tjama).
Bona (bo-na) /visualize/ Ho bopa setshoantsho kapa monahano ka kelello; ho etsa
kapa ho ba le tshoantshiso nakong ya boroko kapa thoabalo e bontshang se
etsahalang.
Bona (bu-na) /them/ Seemedi se sebedisoang ho emela batho ka bongateng.
Bonahala (bo-na-hal-aw) /clear, visible/ Eo sefahleho, sebopeho, mokgoa kapa
chebeho ya yona ya leihlo e kgonang ho e bona. E pepeneneng mahlong a mmohi.
Bonahale (bo-na-ha-li) /unclear/ Eo leihlo le sa e boneng hantle. Mohl. Mongolo ona
ha o bonahale hantle. Ntho ena ha e bonahale hohang!
Bonahatsa (bo-na-hats-a) /make clear, clarify/ Ho etsa ntho, motho kapa ketso e
bonoe kapa e be pepeneneng ya mahlo. Ho hlakisa taba kapa ketsahalo e itseng.
Bonaila (bo-na-ila) // Boemo ba mmala o mosoeu wa maoto a pitsi bo akgang
makgisa; makgisa a maoto a koatola a mmala o fapaneng.
Bonako (bo-nak-aw) /panctuality, on time/ Motsotsoana, motsotso, hora, letsatsi,
beke, kgoedi le selemo se fihlang ka nako e tshoanetseng. Hanghang ka motsotso o
beiloeng kapa nako e nepahetseng ntle le ho fetisa.
Bonala (bo-na-la) /wealth, abundance/ Boteng ba kgora, monono le ntho tse
batloang bophelong. Bongata ba ntho tsa bohlokoa tse batlahalang. (bap. nala).
Bonamelo (bo-na-mel-aw) /outskirt/ Bokantle ba motse kapa toropo. Moo maoto a
nameloang teng. Moo ho fellang ntho e itseng teng. (bap. Sekgutlo, leqola).
Bonana (bo-na-na) /contact, see each other/ Ketsetsano ya ho bona. Ho bona motho
emong le yena a o bone. Ho ya ho motho le yena a ye ho wena ka mabaka a itseng.
Bonana (bo-na-na) /this one here/ Lesupi le bontshang mabitso kapa mareho a
qalang ka “B” ka ho toboketsa. Mohl. Joalo ka bohobe bonana. Bonatla bonana ba
hao bo a hlopha hobane bo re qabanya le batho.
Bonanari (bo-na-na-ri) /ambushing/ Ketso ya ho nanara kapa ho noanyetsa motho
kapa ntho e sa bone. Ho tsometsa kapa ho hlaha lesumatha. (bap. bonoanyetsi).
Bonatla (bo-na-tla) /giganticness/ Ponahalo kapa boteng ba mmele o moholo. Boemo
ba ho ba senatla kapa sefonthoane. Boholo ba mmele ba motho. (bap. Senatla).
Bone (bo-ni) /seen/ Bokgale ba ho bona.
Bone (bu-ne) /foursome/ Ba bane ka palo. Ba fetang boraro ba le ka tlasa bohlano.
Bonela (bo-ne-la) /expose/ Ketsetso ya ho bona. Ho bona bofeela ba motho kapa
maponapona a mangmang. Ho hlahisa pepeneneng se patiloeng.
Bonesa (bo-nis-a) /to light/ Ho etsa kganya ka tlung kapa hara ntlo kapa moo holeng
lefifi. Ho etsa hore ho bonahale ka ho kgantsha. Ho tlisa kganya ka ho sebedisa
lebone. (bap. Kgantsha).
Bonesetsa (bo-ni-se-tsa) /give light to/ Ketsetso ya ho bonesa. Ho thusa ho etsa hore
kganya e be teng kapa lefifi le fele.
Bongaka (bo-nga-ka) /medical/ Boemo ba ho ba ngaka kapa motho ya phekolang
mokudi. Tshebetsano le bakudi kapa batho ba tshoeroeng ke mafu.
Bongangata (bu-ng-ang-ata) /fundamentalism/ Boemo ba motho ya inehetseng le ho
mamarela tumelo ya hae le ha ho ka ba le diphetoho tsa mofuta ofe kapa ofe; motho
ya ngangellang ho latela le ho emela tumelo e itseng, mme ho se tsela ya hore a ka e
koenehela kapa a e fetohela. (bap. sengangata).
Bongata (bo-nga-ta) /plural/ Palo e fetang bonngwe. Palo e habedi kapa hofeta moo;
tse ngata hofeta bonngwe. Batho ba palo e hodimo ha e baloa. Ketso ya ho ba ngata.
Bongata (bo-nga-ta) /multitude, masses, many/ Tse ngata kapa ba bangata ka palo;
batho ba palo e hodimo. Batho ha ba tletse sebakeng.
50
51
Bongoana (bo-ng-wa-na) (bongwana) /childishness, naiveness, senility/ Ketso tsa
ngoana kapa boemo le sebopeho sa motho ya dilemong tse tlase. Tlhokahalo ya ho
bontsha diketso tsa motho ya hodileng maikutlong kapa kelellong.
Bongoanana (bo-ng-wa-na-na) /girlish like/ Sebopeho, tsela le ketso ya ngoanana; ka
tsela ya motho e motshehadi ya so nyaloang ebile a le monyane. (bap. Bosetsana).
Bongoathana (bo-ng-wat-ha-na) /peace of meal/ Bohobe kapa sejo se senyane;
karoloana ya sejo. /bon. dingoathana/ (bap. sengoanatha).
Bonisa (bo-ni-sa) /to light/ Ho etsa kganya ebe teng. Ho etsa hore ho be le kganya;
ho etsa hore ho bonahale ka ho etsa kganya. (bap. Kgantsha).
Bonna (bon-na) /manhood/ Seemo, boemo, sebopeho kapa ketso ya monna. Tsela eo
motho e motona a itshoarang ka yona. Tloaelo kapa mokgoa wa motho e motona;
ketsahalo e mabapi le motho wa monna kapa e motona. (bap. senna).
Bonna (bon-na) /male genital organ/ Setho sa mmele sa motho e motona: marete
mmoho le kooma. /bon. 0/.
Bonna (bun-na) /myself/ Seemedi se bontshang motho ka boyena ha e le moetsi wa
ketso. (bap. boyena, bosona, botsona, seena, bobona, bowena).
Bonna (bun-na) /I, personally/ Nna ka sebele ntle le emong.
Bonne (bon-ne) /foursome/ Tse nne kapa tse nang le mahlakore ka palo; tse fetang
boraro empa di le ka hlase ho bohlano kapa hlano.
Bonnete (bun-net-e) /reality, actuality/ Ketso ya nnete kapa tsela e bontshang
tlhokeho ya leshano. Boemo ba netefatso. Pontsho ya toka.
Bonngwe (bun-ng-wi) (bonngoe) /singular, single/ Boemo ba ho ba nngwe kapa ho
ba ka tlase ho pedi. Palo e nyane kapa bonyane bo sa feteng bobedi.
Bonngwe (bun-ng-wi) (bonngoe) /oneness, togetherness/ Hoa batho kapa sehlopha:
ho ba ntsoeleng; ho etsa diketso kapa dintho ka tumellano ya sehlopha; ho se
hanyetsane le ho dumellana ka nako tse ngata. (bap. ntsoeleng, marematlou).
Bonoanyetsi (bun-wan-ye-tsi) /ambush/ Ketso ya ho noanyetsa: tlhaselo ka ho
noanyetsa kapa ho hlaha lesumatha.
Bonohe (bo-nu-he) /fortune telling/ Ketso ya senohe kapa boemo ba motho ya
bolelang tse tla etsahala nako e tlang ka sepheo sa tefo. (bap. Boupelli).
Bonohi (bo-no-hi) /prophecy/ Ketso ya senohi kapa motho ya profetang ketsahalo tsa
ka moso tse amanang le bokamoso ba motho kapa ketso e itseng. (bap. senohi,
senohe).
Bonokoane (bo-nuk-wa-ne) /crime/ Mokgoa wa senokoane kapa motho ya jalletsang
le ho qhekanyetsa ba bang. Ketso ya ho nkela kapa ho utsoetsa ka boqhekanyetsi;
tshebediso ya botsotsi ho hapa dintho. (bap. Senokoane).
Bonolo (bu-naw-law) /easy, simple/ E etsahalang ka tsela e bobebe. E etsahalang ntle
le bothata kapa boima. E lelemelang ha e etsoa. Eo hoseng thata ho e etsa. /bon.
manolo/ Mael. Mathata a hloele manolo hodimo: ho boima hofeta kamoo ho neng ho
lebeletsoe kateng. Ha ho bonolo ho ya ka tsela eo eneng e nahannoe.
Bonolo (bu-naw-law) /unsophisticated, tame/ Ketso tsa motho kapa phoofolo tse
hlokang bohale kapa bothata. Motho ya ikokobeditseng. (bap. hlaha).
Bononnori (bo-non-no-ri) /nomadism, of a nomadic/ Ketso ya senonnori kapa
motho ya tsamayang hohle a sa dule sebakeng seleseng ka baka la mosebetsi wa hae o
itseng. (bap. Senonnori).
Bonono (bu-nu-nu) /art/ Tsebo e ikgethang ya ho etsa eng kapa eng; boqhetseke ba
ho etsa se itseng hofeta bongata ba batho.
Bonono (bo-no-no) /that one over there/ Lesupa le bontshang ntho e hojana eo
lebitso la yona le qalang ka tlhaku “B” ka ho toboketsa.
51
52
Bontsha (bo-nts-ha) /to show/ Ketsiso ya ho bona. Ho etsa hore motho kapa ntho e
itseng e lebise mahlo ho ntho e itseng. (mm. Bona, bonana, bone, bonoa, bonang,
pontsho, pono, ponahalo).
Bonotshi (bo-nots-hi) /oneness/ Ntle le batho kapa ntho tse ding. Bowena feela ntle
le motho kapa ntho e itseng. (bap. Bodutu).
Bonthiti (bont-hi-ti) /blundness/ Hoa thipa kapa lerumo: e hlokang motsu; e hlokang
bohale ba ho seha kapa ho hlaba; e sa seheng hantle.
Bonya (bon-ya) /to smile intimatly/ Ho tsheha hanyane ka ho bontsha lerato. Ho
bososela ka tsela e bontshang taba e itseng. (bap. Bobotheha).
Bonyane (bon-ya-ne) /dimunitiveness/ Ketso ya ho ba nyane kapa ho ba ka tsela e
nyenyefatsang. Tlhokeho ya boholo. (bap. Mmaloa).
Bonyane (bon-ya-ni) /at least/ Ka mokgoa kapa tsela enngwe e itseng ntle le e
kgethiloeng. Ka tsela e bobebe, e hlokang bothata. Mohl. Bonyane o ke be o kgethile
lebese hona le hore o noe joala. O ke be o thotse bonyane hona le hore o bake lerata.
Bonyatsi (bon-ya-tsi) /adultery/ Mokgoa wa nyatsi kapa motho ya ratanang le
mosadi kapa monna wa motho emong yena a nyetse kapa a nyetsoe. Lerato la motho
ya nyetseng le mosadi kapa monna eo eseng wa hae. (bap. Nyatsi, bofebe).
Bonyenyane (bon-yen-ya-ne) /smallness/ Ketso ya ho ba nyenyane kapa ho hloka
boholo ba sebopeho.
Bonyesemane (bon-yi-si-ma-ni) /English like/ Ketso, mokgoa le sebopeho sa
lenyesemane kapa moahi wa naha ya England. Tloaelo ya moahi wa Britain. (bap.
senyesemane).
Bonyofonyofo (bun-yaw-fawn-yaw-faw) /gluttony/ Ketso ya ho ja haholo kapa
boemo ba senyofu. Ketso ya ho nyofa. Boemo ba lenyofonyofo kapa motho ya jang
haholo. (bap. senyofu, lenyofonyofo, lenyolonyolo, manyofonyofo).
Bonyofu (bon-yo-fu) /gluttony/ Ketso ya ho ja haholo kapa boemo ba senyofu. Ketso
ya ho nyofa. Boemo ba lenyofonyofo kapa motho ya jang haholo. (bap. senyofu).
Bonyolonyolo (bon-yaw-lawn-yaw-law) /of slandering, cabalism/ Boemo ba
lenyolonyolo: motho ya hlokang nnete ka ho iketsa eka o wa tseba empa ho sejoalo;
motho ya fetolang nnete ka tsela ya hae kapa e utloisisoang ke yena fela. (bap.
lenyolonyolo) Tem. Mantsoe “bonyolonyolo” le “bonyofonyofo” ha a bolele ntho tse
tshoanang.
Boo (bo-o) /exclamation: please stop!/ Lekgotsa le bontshang hore ketso e itseng e
tlameha ho emisa. Mohl. Butleng boo! Ha e lale boo! Che boo!
Bookamedi (bo-uka-me-di) /management, leadeship/ Boemo ba mookamedi kapa
motho ya moholo mosebetsing o itseng wa letsema. Ketso ya ho okamela batho
mosebetsing, sebokeng kapa femeng. (bap. mookamedi).
Bookelo (bu-aw-ke-law) /clinic/ Sebaka se senyane seo bakudi ba okeloang teng;
sebaka sa batho ba kulang kapa ba lemetseng se senyane. (bap. kalafong).
Bookgolane (bu-o-kgo-la-ni) /type of grasshoper/ Mofuta wa lerutle kapa tsie eo
hangata e tholahalang naheng ebile e jewa. /bon. meokgoloane/ (mm. Bookholoane)
Booki (bu-oki) /nursing/ Boemo ba mooki kapa motho ya okang bakudi kokelong;
mosebetsi wa motho ya shebanang le bababi, bakudi kapa batho ba lemetseng
sepetlele kapa bookelong. (bap. Mooki).
Boomo (bu-omo) /deliberatly, intentionally/ Ka tsela e supang kapa e bontshang
boikemisetso. Ka mokgoa o nahannoeng wa ho etsa ketso e itseng. (bap. bomo)
Boona (bu-aw-na) /selves/ Seemedi se bontshang mabitso kapa mareho a ka
bongateng. Mohl. Maburu ka boona. Majoe ka boona, jj.
52
53
Bootsa (bu-o-tsa) /slothfulness, sluggishness/ Ketso ya seotsa kapa motho ya sa
batleng ho sebetsa; boemo ba motho ya sa batleng ho hula ka thata kapa ho theohela.
Bopa (bup-a) /form, create/ Ho etsa sebopeho ka matsoho ka ho kopanya ntho tse
ngatanyana. Ho etsa hore sebupuwa se be teng.
Bopa (baw-pa) /stiffen face or neck/ Ho etsa hore sefahleho se be thata kapa se tie ka
ho satallisa molala.
Bopaki (bo-pa-ki) /evidence, prove, affidavit/ Se bontshang bonnete kapa nnete ya
taba; mosebetsi wa paki kapa motho ya hlahisang nnete. Ntho e nepahatsang
ketsahalo ka ho hlahisa ntho e itseng. Seo paki e se buang. /bon. 0/ (bap. boikgodiso).
Bopapaedi (bo-pa-pa-e-di) /fugitiveness/ Ketso ya ho papaela kapa boemo ba motho
ya mathang a sa kgaotse. Boemo ba mopapaedi kapa motho ya balehang ka ho matha
haholo. /bon. Bapapaedi/.
Bopedi (bo-pe-di) /of north sotho (bapedi)/ Ka boemo kapa tsela ya Sesotho sa
Lebowa. Sebaka se ka lebowa sa Afrika Boroa seo ho dulang teng kapa ho tsoang
teng Basotho ba sebaka seo. (bap. Sepedi, Bosotho, Lesotho, Mosotho).
Bopeha (bu-pe-ha) /forming/ Ketsahalo ya ho bopa kapa ho fihlella ho etsa ntho ka
matsoho hore e thole sebopeho.
Bopela (bo-pe-la) /to make face or neck stiff/ Ketsiso ya ho bopa.
Bopelompe (bu-pi-lu-mpi) /cruelty/ Boteng ba ho hloka mohau, kutloelo bohloko
kapa ho etsa wa heno hampe. Tlhokeho ya lerato.Tlhokahalo ya botle ho motho kapa
ntho e itseng. Ho se be le lerato.
Bophahamo (bop-ha-ham-aw) /height/ Boemo ba ntho efe kapa efe ha e lekangoa ka
ho isa kapa isoa hodimo. Bolele ka ho phahama. (bap. Bophara) /bon. 0/.
Bophara (bop-ha-ra) /width/ Boemo ba ntho efe kapa efe ha e lekangoa ka ho isa ka
mahlakoreng kapa botenya ba yona. Boholo ba lehlakore. (bap. Bolelele) /bon. 0/.
Bophatshoa (bop-hats-wa) /black and white colour format/ Mmala o kopantseng
bosoeu le botsho. Bosoeu le botsho ho ntho e le nngwe.
Bophatshoana (bop-hats-hwa-na) /female animal colour: black and white/ Boteng
ba mmala o mosoeu le o motsho phoofolong e tshehadi. (bap. phatshoana).
Bophelo (bop-hil-aw) /life/ Boteng ba ntho tsohle tse phelang lefatsheng. Khemeselo
ya batho, diphoofolo le dikokoana hloko. Tlhaloso ya boemo ba motho ha bo bapisoa
le diketsehalo tse mabapi le yena. Ho phela lefatsheng.
Bophethehi (bop-het-he-hi)/perfectionism, integrity, precision/ Ketso ya ho
phetheha: ho ba boemong ba ho loka: ho ba boemong ba maikutlo le pelo e ntle; ho ba
le mekgoa e metle, e bontshang mohau, mamelo le kutloelo bohloko. Ho ba boemong
baho phethahatsa le ho etsa dintho ka ho bontsha toka. (bap. Tokafalo).
Bophetheho (bop-het-he-aw) /completion, fulfilment/ Ketso ya ho phetheha kapa ho
fihlela boemo bo felletseng. Boemo ba ho akaretsa sephetho.
Bophirima (bop-hi-ri-ma) /west/ Sebaka seo letsatsi le dikelang teng. Sebaka se
shebaneng le nqa ya bochabela. (bap. Phirimana).
Bophirimela (bop-hi-ri-me-la) /west/ Sebaka seo letsatsi le dikelang teng. Sebaka se
shebaneng le nqa ya bochabela. Moo ho dulang batho ba bophirima. (bap.
Phirimana).
Bophofi (bop-ho-fi) /hallucination, delusion/ Ketso ya ho phofa kapa ho bona dintho
borokong. Boemo ba ho bona ntho tse sio. Mokgoa le kgopolo ya mophofi kapa
sephofi. (bap. Bolori, toro).
Bophoofolo (bop-haw-awf-awl-law) /animalism, brutality/ Boemo ba ho fihleloa
kapa ho etsa diketso tsa phoofolo. Ketso ya phoofolo ha e etsoa ke motho.
Bopile (bo-pi-le) // Bokgale ba ho bopa.
53
54
Bopoho (bo-paw-haw) /masculinity/ Boemo bo bontshang hore motho ke e motona
kapa wa monna ka sebopeho se itseng sa diketso. Ketso ya poho.
Bopotlapotla (bo-pu-tla-pu-tla) /hastiness/ Ketso ya ho phakisa kapa ho potlaka ha
ho etsoa dintho kapa diketso tse itseng. Ketso e bontshang lepotlapotla kapa ho
potlaka. (bap. Lepotlapotla).
Bopotlopotlo (bu-pu-tlu-pu-tlu) /clumsiness/ Boemo ba mmele bo boholo haholo, bo
holang hofeta dilemo tsa monga ona; bo sephara, bo botenya hofeta dilemo tsa motho.
Boporofeta (bo-pro-fe-ta) (boprofeta) /prophecy/ Boemo ba motho ya tsebang ho
bona ntho tse tlang ho etsahala ka moso ka semoya. Mokgoa wa moprofeta kapa
motho ya bonang kapa ya tsebang tse tlo etsahala ka thuso ya moya o halalelang;
morumuwa wa Modimo ya hlalosang tse tlang ho etsahala. (bap. Senohi, senohe).
Boputsoa (bo-puts-wa) /blue like/ Boteng ba mmala o moputsoa. E putsoa ka mmala;
ya mmala wa lehodimo le hlakileng kapa le seleng le bohoeng ba ntja.
Boputsoa (bo-puts-wa) (boputswa) /dirty/ Boteng ba ho se hloeke kapa ho ba tshila;
ho ba joalo ka lerole. Tem. Ha ho thoe motho o moputsoa ho boleloa hore o ditshila
joalo ka molora kapa mobu. (bap. pudutsoana).
Boqaba (bo-qa-ba) /primitive, outdatedness/ Boemo ba leqaba kapa ketso tsa
motho ya sa rutehang. Mokgoa wa motho ya phelang sekgale. (bap. Leqaba).
Boqai (bo-qa-i) /being uncircumcised/ Boemo ba motho ya sa bollang kapa ya
etsang diketso tsa leqai. (bap. leqai).
Boqapi (bo-qa-pi) /invention/ Ketso ya ho qapa kapa ho ba motho wa pele wa ho etsa
ntho e itseng. Mokgoa wa moqapi kapa seqapi.
Boqaqalope (bo-qa-qa-lup-e) /vagabonce, drop out/ Ketso ya seqaqalope kapa
motho ya sollakang hohle. Tloaelo le mokgoa wa motho ya hlolehileng dithutong tsa
hae ebile a etsa diketso tse mpe haholo. Tlh. Lentsoe le nepahentseng ke
“bokakalope” hofeta “boqaqalope”. (bap. Bokakalope).
Boqaqi (bo-qa-qi) /clarity/ Boemo ba ho qaqa kapa ho qaqisa: ho etsa hore se
buuwang se utloahale; ho hlalosa kapa ho hlakisa ka tsela e bobebe, e utloang ke
bohle; ho qhaqholla bothata ba se hlalosang. Mokgoa kapa boemo ba ho utloahala
puong: ho etsa puo e utloang ke kelello. (bap. qaqo).
Boqhekanyetsi (bo-qhe-kan-ye-tsi) /fraud/ Ketso ya ho qhekanyetsa: ho nka le ho
hapa ka tsela e mpe; ho fumana se batloang ka tsela ya ho jalletsa.
Boqhekoana (bo-qhe-kwa-na) /agedness of a woman/ Boemo ba motho e
motshehadi ya tsofetseng. Boemo ba mosadimoholo kapa leqhekoana le dilemong tse
hodimo haholo. (bap. boqheku) (mm. Boqhekwana).
Boqheku (bo-qhe-ku) /agedness of a man/ Boemo ba motho e motona ya tsofetseng;
boemo ba monnahoholo kapa ntatemoholo ya dilemong tse hodimo haholo. Boemo ba
leqheku. (bap. setsohatsana).
Boqhetseke (bu-qhe-tse-ke) /flair/ Pontsho ya kguba. Tsebo kapa boiphihlelo ba ho
etsa ketso e itseng ka ho bontsha menyakoe. (bap. kguba).
Boqhoala (boq-hwa-la) /paraplegia/ Boemo ba seqhoala kapa motho ya sa tsebeng
ho sebedisa setho se itseng sa mmele. Ketso ya seqhoala. Tlholeho ya ho etsa dintho
tse itseng ka baka la boemo ba mmele kapa kelello e hlokang bophelo bo botle.
Boqhoetha (bo-qhwet-ha) /ambassadorship/ Mosebetsi wa leqhoetha kapa motho ya
emelang naha, mokga kapa sechaba sa habo naheng kapa sebakeng seseng. Boemedi
ba naha, batho kapa mokga. (bap. Leqhoetha).
Boqolotsi (bu-qaw-law-tsi) /journalism/ Boemo ba ho qolotsa ditaba kapa ho batla
ditaba tse ngoloang ho lesedinyana, sealemoya kapa khasong e itseng. Ketso ya
moqolotsi kapa motho ya batlang ditaba bakeng sa ho di hasa.
54
55
Bora (bu-ra) /enemty, rivalty, antagonism/ Boemo ba ho hloka setsoalle kapa
puisano le motho kapa ntho e itseng. Ketso ya ho ba sera kapa mohlouwa. (bap. Sera,
direng)..
Borahane (bo-ra-ha-ne) /Waxbill/ Mofuta wa nonyana e nyane, e mokobolo o
monyane, e jang peo; eo hangata e bonahalang nakong tsa mocheso; e mebala e
mengata ho kenyeletsoa o mothokoa, kgubedu le o mosehla, le ha ka nako tse ding e
ka nka mmala o mong. /bon. Maborahane/.
Borakana (bo-ra-ka-na) /puppy/ Ngoana ntja. Ntja e nyane. /bon. marakana/ (bap.
ledinyane).
Boraki (bo-ra-ki) /puppy, little dog/ Ngoana ntja; ledinyane la ntja; ntja e nyane, e
nang le nako e nyane e tsoetsoe. /bon. maraki/ (bap. ntjanyana).
Borane (bo-ra-ne) /Orange-breasted Waxbill/ Mofuta wa nonyana ya lelapa la
borahane, e tholahalang haholo Afrika Borwa le Lesotho; e sefuba sa mmala wa
namune; e jang dithotse kapa peo; e dulalng dithoteng le dibaka tsa masimo. /bon.
maborane/.
Boraro (bo-ra-ru) /triple, trio/ Ka tsela ya palo e fetang bobedi e le ka tlase ho bone;
ka tsela ya dibini tse tharo. (bap. Tharo) /bon. Mararo/.
Boranti (bo-ran-ti) /brandy/ Joala bo bohale bo entsoeng ka ho tlhotla kapa ho ritela
feini. Bobong ba majoala a bohale a sekgowa. /bon. Maranti/ (bap. Moqopothi).
Borapedi (bo-ra-pe-di) /worship/ Tloaelo ya ho rapela kapa ho kgumamela Modimo
kapa ntho e itseng. Boemo ba morapedi. (bap. Bodumedi).
Borata (bu-ra-ta) /as it likes, as he/she wishes/ Hoa ketso ya motho: e hlokang taolo;
e etshalang ha ho rata monga yona. (bap. Ratas).
Borata (bu-ra-ta) /voluntarily/ Hoa ketso kapa ketsahalo ya mmele: ka tsela e
hlokang taolo ya kelello kapa mmele; e tsahalang ntle le boikemisetso.
Boreledi (bo-re-le-di) /smooth/ E thellang ha e thetsoa. E hlokang lekukuno ha e
thetsoa. E lelemelang ha e jewa kapa e koenyoa.
Boreletsana (bo-re-le-tsa-na) /very smooth/ E thellang haholo ha e thetsoa. E
hlokang lekukuno ha e thetsoa. E lelemelang ha e jewa kapa e koenyoa.
Borena (bu-re-na) /chieftainship, kingship, royal/ Boemo ba morena kapa motho ya
busang. Ketso ya ho rena kapa ho busa batho kapa ntho tse itseng. Mosebetsi wa
morena. (bap. serena).
Boretli (bo-re-tli) /slaughter, extermination, butchery/ Ketso ya ho retla kapa ho
bolaya ka ho poma setho sa mmele.
Boretli (bo-re-tli) /operation, amputation/ Mokgoa wa ho retla: ho ntsha setho sa
mmele ka ho se poma kapa ho buwa mmele ka morero wa ho fodisa kapa ho lokisa.
Borikgoe (bo-ri-kgwe) (borikgwe) /trouser/ Seaparo seo hangata se aparoang ke
motho e motona. Seaparo se qalang thekeng ho isa maqaqailaneng. /bon. marikgoe/.
Borikgoana (bo-ri-kgwa-na) /short(s)/ Borikgoe bo bonyane bo fihlang ka hodima
mangoele kapa mangoleng. /bon. Marikgoana/.
Boriki (bo-ri-ki) /brake/ Se kginang ntho e tsamayang joalo ka sepalangoang; se
etsang hore ntho e tsamayang e eme kapa e se tsoele pele ka ho thella, lepella le ho
matha. /bon. Mariki/ Tlh. Lentsoe le nepahetseng la Sesotho ke “sekgini” kapa
“haneo”.
Borobedi (bo-ro-be-di) /octagon/ Ka tsela ya mahlakore kapa palo e fetang bosupa e
le ka tlase ho robong. E nang le makgutla kapa ntlha tse robedi. (bap. Robedi).
Borobong (bu-ru-bu-ng) /nonagon/ E nang le mahlakore kapa palo e fetang borobedi
empa e le ka tlase ho leshome. E nang le makgutla a robong. (bap. Robong).
55
56
Borokgo (bo-raw-kgaw) /bridge/ Sebaka se ka hodima noka kapa ntho e itseng se
sebedisoa bakeng sa ho tshela kapa ho ya ka nqa enngwe. Moaho o sebedisoang ke
makoloi le batho bakeng sa ho tshela le ho tsamaya ho ya sebakeng seseng. /bon.
maborokgo, marokgo/.
Boroko (bu-raw-kaw) /sleep/ Boemo ba ho robala kapa ho kgaleha: ho kena dikobong
bakeng sa ho kgaleha; ho ba diphateng kapa moalong ka sepheo sa boroko; ho ya le
sephume; ho phomotsa kelello ka ho kgaleha le ho se nahane tse etsahalang nakong ya
ho robala. Mael. Ha hona kgomo ya boroko: ha ho motho ya dumelletsoeng ho ja
feela ntle le ho sebetsa; o keke o fuwa feela ntle le ho sebetsa. Mael. Kgomo ya
boroko: motho ya botsoa haholo. Sekgoba.
Boroku (bo-ro-ku) // Mofuta wa kokoanyana, seka kokoanahloko, e nyane haholo e
hlaselang mahlaku kapa makgapetla a dimela ka ho a ja. /bon. boroku/.
Borotho (bu-rawt-haw) /bread/ Sejo se entsoeng ka phofo ya koro. Sejo sa hlama ya
koro e phehiloeng. /bon. Marotho/ (bap. Bohobe).
Borui (bo-ru-i) /wealth/ Boemo ba morui kapa motho ya nang le thepa, chelete,
mohlape kapa dintho tse ngata haholo. Boemo ba ho ba le leruo. (bap. Morui, leruo).
Borutehi (bo-ru-te-hi) /being learned, academic, intellectual/ Boemo ba ho tseba
kapa ho ba le tsebo e ngata ka baka la ho kena sekolo kapa ho rutoa. (bap. thuto) .
Boruti (bo-ru-ti) /priesthood, pastorship/ Boemo ba ho ba moruti kapa motho ya
fanang ka thuto ya sedumedi kapa tumelo e mabapi le Modimo. (bap. Moruti).
Borutoana (bo-ru-twa-na) /being a student, pupil/ Boemo ba ho ba tlasa thupello ya
sekolo tlasa mosuwe kapa mosuwetsana. (bap. Morutoana) (mm. Morutwana).
Borurusi (bo-ru-ru-si) /swelling/ Boemo ba ho topa kapa ho kokomoha hoa setho
seseng sa mmele ka baka la kotsi kapa bokudi. /bon. 0/.
Borwa (bu-rwa) (boroa) /south/ Sebaka se shebaneng le lebowa kapa se ka
lehlakoreng le letshahadi la bochabela kapa le letona la bophirima. Moo Basotho ba
Lesotho ba dulang kapa ba tsoang teng ho Afrika e ka borwa.
Bosa (bo-sa) /is true/ Kannete; ka ho phethahala ntle le leshano; ka botlalo le nnete.
Bosadi (bo-sa-di) /womanhood/ Boemo ba mosadi bo tletseng. Boemo ba motho e
motshehadi ka mora bosetsana kapa bongoanana.
Bosadi (bos-adi) /act of staying/ Ketso ya ho sala hae kapa ho dula ntle le ho se ye
moo ho uwang teng.
Bosatane (bo-sa-ta-ni) /satanism/ Ketso tsa satane kapa mokgoa wa ho etsa dintho ka
tsela e mpe ka ho fetisisa. Diketso tsa satane. Tshutshumetso ya satane e bontshang
bokgopo, bosoto, lehloyo le diketso tsohle tse mpe.
Bosawana (bo-sa-wa-na) /nonsense, nonsensical, frivolousness/ Ketso e hlokang
botio kapa boikemisetso. Ketso e tletseng papadi ebile e hloka maikemisetso le botio
bo hlokahalang. /bon. masawana/ (bap. Bokako) (mm. bosaooana).
Boseberoane (bo-se-be-rwa-ni) /meagre, dimunitiveness/ Bonyane ba ntho e itseng
ha e fiwa motho kapa e etsoa. /bon. 0/.
Bosebi (bu-se-bi) /crime/ Tloaelo ya ho utsoa le ho nka dintho ntle le tumello; ketso
ya ho seba: mosebetsi wa ho utsoa kapa ho choatla moaho bakeng sa ho nka tse
kahare le ho qhekanyetsa batho ka dikgoka ho ba nkela tsa bona. (bap. tshebo).
Bosedi (bu-se-di) /carefulness, meticulousness/ Ketso ya ho ba sedi kapa maikutlo a
kelohloko e kgolo. Ketso ya ho hlokomela se etsahalang kapa se etsoang.
Bosefesefe (bo-se-fe-se-fe) /porosity/ Boemo ba ho ba sefesefe kapa ho kena metsi
kapa moya dipakeng tsa ntho e itseng. (bap. Sefe, dutla).
56
57
Bosehla (bo-se-hla) /yellowish/ Boemo ba mmala wa mothoebe o hlakileng wa lehe
kapa kopanyo ya botala le mmala wa namuni. (bap. Tshehla). Mael. Ho latola
bosehla: ho hana ka botlalo; ho hana nyenyenye.
Boseka (bo-se-ka) /cable/ Thapo e kgolo e tsamaisang motlakase. /bon. Maseka/
Bosekana (bo-se-ka-na) /wire/ Thapo e sesane (tshetshane) eo hangata e sebedisoang
le disebedisoa tsa motlakase.
Bosele (bu-se-le) /different one/ Seemedi qollo se emelang mantsoe kapa mareho a
qalang ka “B”. Seqolli se hlakisang ntho eo ho buuwang ka yona ka ho kgetholla hara
tse ding. Ntle le bo bong. Mohl. Bohobe bosele. Botle bosele, jj.
Bosesane (bo-si-sa-ni) /narrowness/ Boemo ba mmele kapa sebopeho se hlokang
botenya kapa boholo.
Bosesanyane (bo-si-san-ya-ni) /lankiness, thinness/ Tlhokeho ya botenya le bophara
ba mmele kapa sebopeho sa ntho e itseng. Ho ota. (bap. Moketa).
Bosesi (bo-se-si) /swimming/ Ketso ya ho sesa: ho kena metsing a mangata kapa ho
bapala metsing ntle le ho kgaqa. Ketso ya ho phaphamala hodima metsi kapa ho
tsitsinyeha ka hodima metsi ntle le ho kgaqa; ho tsamaya metsing ka mpa le ho
sebedisa matsoho ho thibela ho qoela.
Boshako (bo-sha-ku) /fallacious, fallacy/ Ketso ya leshano; tlhokeho ya nnete kapa
bonnete. Tlh. Lentsoe le nepahetseng ke “boshano”. (bap. leshano).
Boshano (bo-sha-nu) /untruthfullness, lie/ Ketso ya leshano; tlhokeho ya nnete kapa
bonnete. Tlh. Lentsoe le nepahetseng ke “boshano” hofeta “boshako”. (bap. leshano)
Boshemane (bo-she-ma-ne) /boyishness/ Mokgoa le sebopeho sa moshemane kapa
motho e motona ya so beng monna kapa ntate. (bap.bohlankana, seshemane).
Boshoabotsheha (bu-shwa-buts-he-ha) /die-smiling-person/ Motho kapa ntho e
shoang e bososela kapa e tsheha. /bon. mashoaatsheha/ (bap. bojabotsheha).
Boshodu (bo-sho-du) /theft, stealing/ Boemo ba motho ya nkang tseo kapa seo eseng
sa hae ka tsela e sa amoheleheng kapa eseng molaong. Mosebetsi wa leshodu kapa
motho ya utsoang. (bap. Leshodu).
Boshodu (bo-sho-du) /stinginess/ Boemo ba ho tima dijo kapa ntho e itseng. Ketso ya
ho ba lekgonatha. (bap. moharo).
Bosio (bo-si-aw) /absence/ Tlhokahalo kapa ho se be teng hoa motho kapa ntho e
itseng. Ho se tholahale. Ketso ya ho ba sio kapa ho se be teng. Tem. Mmadi a
hlokomele hore mantsoe, “bosio” le “bosiu” a na le tlhaloso e fapaneng haholo.
Bosiu (bo-si-u) /night/ Nako eo letsatsi le diketseng ka yona; nako ka mora shoalane
ha letsatsi le diketse kapa ho le lefifi ho isa hoseng pele letsatsi le chaba. (bap.
shoalane, meso) Tem. Mmadi a hlokomele hore mantsoe, “bosio” le “bosiu” a na le
tlhaloso e fapaneng haholo.
Bosoasoi (bu-swa-swi) /joke, joking/ Ketso ya ho soasoa kapa ho etsa motlae. Puo e
hlokang botio; puo e tshehisang. (mm. Boswaswi).
Bosoe (bo-swe) /dampness/ Boteng ba mongobo kapa metsi nthong e itseng; boemo
bo metsi. (bap. lesoe, mongobo). (mm. boswe).
Bosoha (bo-su-ha) /bachelorship/ Boemo ba lesoha kapa motho ya so nyaleng;
boemo ba monna ya so beng le molekane kapa mosadi. (bap. Lesoha, lefetoa).
Bosollakgoale (bo-sul-la-kgwa-li) // ?? (mm. Bosolla-kgwale, bosolla-khoale).
Bosona (bo-saw-na) /itself/ Seemedi se sebedisoang le mantsoe kapa mabitso a
qalang ka tlhaku “S”. Mohl. Sefate ka bosona. Sefebe ka bosona, jj. (bap. Boyona).
Bosootho (bo-saw-ot-aw) /brownish/ Mmala wa Mosotho. Boemo ba ntho e sootho
kapa ya mmala wa se hadikiloeng. (bap. sootho).
57
58
Bososedisa (baw-saw-se-la) /cause to smile/ Ketsiso ya ho bososela kapa ho etsa hore
motho a bososele.
Bososela (baw-saw-se-la) /smile/ Ho tsheha ntle le ho keketeha kapa ho ahlamisa
lehano. Ho tsheha hanyane ho bontsha kamohelo kapa lerato la.
Bosotho (bu-sut-hu) /sutuism/ Boemo ba ho ba Mosotho. Mokgoa, puo, kguba le
moetlo wa Mosotho; motsamao le monahano wa Mosotho.
Bosoto (bo-su-tu) /cruelty/ Ketso ya ho ba soto kapa ho ba pelo e mpe. Boteng ba
bopelompe. Boemo ba ho ba pelothata. Tlhokeho ya mosa le lerato. (bap. Soto)
Bosowa (bo-so-wa) /erupt/ Hoa seretse se chesang: ho tsoa mokoting kapa fatshe
hanghang. (bap. phasoloha).
Bosudu (bo-su-du) /silent farting/ Sephinya se thotseng kapa se hlokang lerata;
monko wa sephinya se hlokang lerata. (bap. Sephinya).
Bosudu-pere (//) /horse fart, nonsense/ Sephinya sa pere se nkgang ha bohloko
haholo. Puo e hlokang moelelo kapa e se nang kelello.
Bosula (bo-su-la) /abominable, abomination/ E mpe e sa kgahlising, latsoeheng
kapa batlahaleng. (bap. manyala).
Bosupa (bo-su-pa) /seventh/ Palo e fetang botshelela empa e le ka tlase ho robedi;
boemo ba ho ba supa; makgetlo a masupa. (bap. Supa).
Bosuwe (bo-su-we) /of a teacher/ Boemo ba ho ba mosuwe kapa motho ya rutang
makoloane mophatong. Boemo ba motho ya rutang bana ba sekolo. (bap. Mosuwe)
Bosweu (bo-swe-u) (bosoeu) /whitishness/ Boteng ba mmala wa lehloa. Ponahalo ya
mmala o mosoeu kapa mmala wa lehloa. (bap.tshweu).
Botaki (bu-ta-ki) /art/ Mokgoa kapa tsebo ya ho ngola setshoantsho jwale ka motaki;
tsebo ya ho etsa setshoantsho ka ho ngoapa kapa ho ngola hodima ntho e itseng ka
tsela e ntle haholo. Mosebetsi wa motaki. (bap. taka, motaki, bonono).
Botala (bo-ta-la) /greenishness/ Boteng ba mmala wa semela kapa setlama. Ponahalo
ya mmala o joalo. (bap. Tala).
Botawa (bo-ta-wa) /alcoholism, drunkardness/ Ketso ya ho tawa ke joala kapa seno
se tahang; boemo ba letawa kapa diketso tsa letawa. (bap. Letawa, tai, dilatsoa, orisi).
Botebi (bo-te-bi) /intricacy, deep, profound, unfathomableness/ Boemo ba
ketsahalo eo kelello e hloloang ho e hlalosa. Boemo bo tebileng ba ho hlalosa
ketsahalo kapa ketso. Mokgoa o thata bakeng sa ho utloisisa ke kelello. Ketso ya ho
teba kapa ho kenella hare tlhalosong ya ntho e itseng.
Botebo (bo-tib-aw) /depth/ Boemo kapa sebopeho sa ntho ha e bapisoa ka bolelele ka
ho ya tlase tlasa metsi.
Botei (bo-tei) /mechanics/ Tokiso ya makoi, dikoloi kapa mechini e tseng.
Botemengata (bu-ti-mi-ng-ata) /multilingualism, linguism/ Boemo ba motho ya
nang le neo ya ho bua dipuo tse ngata tsa merabe emeng; tsebo ya ho bua dipuo tse
ngata tse fapaneng. /bap. ramaleme/. (mm. Bolemengata).
Boteng (bu-te-ng) /presence/ Ponahalo ya ntho e itseng haufinyane.
Boteng (bu-teng) /availability/ Ketso ya ho ba teng kapa ya ho tholahala: boemo ba
ho fumanoa ha bobebe ntle le bothata; boemo ba ho fumana ha bonolo.
Botekatsi (bo-te-ka-tsi) /prostitution/ Boemo ba letekatsi kapa motho e motshehadi
ya febang bakeng sa chelete. Ketso kapa mokgoa wa letekatsi. Tloaelo ya ho hoeba ka
mmele, haholo motho e motshehadi. (bap. Letekatsi, sefebe).
Botelele (bo-te-le-le) /height/ Boemo kapa sebopeho sa ntho ha e lebisoa hodimo
kapa e bapisoa le bohodimo. (bap. Bolelele).
Botenya (bo-ten-ya) /obesity, fatness/ Boemo ba mmele o moholo haholo. Ketso ya
ho ba tenya kapa mafura.
58
59
Botenya (bo-ten-ya) /width/ Bophara ba ntho ha e bapisoa ka ho phatlalla kapa ho
nama hoa yona; boholo ha bo hlalosoa ka mahlakore.
Botha (bot-ha) /lie down/ Ho dula fatshe kapa hodima ntho e itseng ka mpa bakeng
sa ho phomola. (bap. Paqama, kakalla/.
Bothaka (but-ha-ka) /peer/ Boemo ba ho lekana ka dilemo: ho tsoaloa ka nako e
tshoanang le motho emong. /bon. Dithaka/
Bothamaha (bot-ha-ma-ha) /brutishness, brutish, roarious, wayward/ Mokgoa wa
ho phela joalo ka thamaha: tloaelo ya motho ya phelang ka tsela e hlaha, e bohale,
ebile a sa tsotelle letho.
Botharasi (but-ha-ra-si) /hermaphroditism/ Boemo ba motho kapa phoofolo e nang
le ditho tsa botshehadi le botona mmeleng o le mong. (bap. tharasi, tharasa, letharaso)
Botharaso (but-ha-ra-saw) /homosexuality/ Boemo ba motho ya robalang, bokanang
kapa kotanang le motho ya tshoanang le yena ka botona. Thobalano e sa hloekang
mahlong a Modimo: e pakeng tsa monna le monna. (bap. letharaso).
Bothata (bot-ha-ta) /difficulty, predicament/ Boemo bo etsang hore ho se be bonolo
ho etsa ketso e itseng. Ketso ya ho ba thata. /bon. Mathata). Mael. Mathata a hloele
manolo hodimo: ho boima hofeta kamoo ho neng ho lebeletsoe kateng. Ha ho bonolo
ho ya ka tsela eo eneng e nahannoe.
Bothela (bawt-hel-a) /dwiddle, decrease/ Ho kokobela hoa ntho e itseng. Phelo ya
borurusi kapa ho ruruha.
Bothile (but-hi-le) // E boemong ba ho botha. Bokgale ba ho botha.
Bothisa (bot-his-a) /undisciplned woman/ Boemo le mokgoa wa motho e
motshehadi ya sa bollang: mosebetsi wa lethisa kapa mosadi kapa ngoanana ya sa
bollang. (bap. Lethisa).
Bothisa (but-hi-sa) /cause to lie down/ Ketsiso ya ho botha.
Botho (but-hu) /benevolence, philanthropism, hospitality/ Boemo ba motho ha a
phedisana le batho ba bang. Se bakang hore diketso tse ntle di bonahale ho motho.
Boitshoaro bo botle ba ntho e phelang. (bap. setho, motho, ramosa).
Botho (but-haw) /membership, subscription/ Ketso ya ho nka karolo kapa ho ba
setho sa mokga kapa mokgatlo o itseng. Kamano le tshebeletso e itseng e akgang
ngollano le thomello ya dintho tse itseng ho moetsi. Boemo ba ho ba setho sa
sehlopha mabapi le tshebedisano. (bap. setho).
Bothobotho (bawt-haw-bawt-haw) /spongy and soft/ E bonolo haholo ha e thetsoa
ka letsoho. E mabothobotho ha mmele e thetsa kapa ho ya ka kutlo ya thetso.
Bothokoa (but-hu-kwa) /greyish/ Hoa mmala: o tshoanang le molora o fifetseng kapa
e botsho bo hlakileng haholo. (mm. Bothokwa) (sheb. Mebala).
Bothosela (bawt-haw-se-la) /soft, spongy/ E bonolo ha e thetsoa ka letsoho. E
mabothobotho ha mmele o e thetsa. (bap. Bothobotho, mabothobotho).
Bothoselo (bawt-haw-se-law) /softness, sponginess/ Ketso ya ho bothosela: ho ba
boemong ba ho ba bonolo ho ya ka thetso ya letsoho; ho ba boemong ba ho ba
mabothobotho.
Bothoto (but-haw-taw) /stupidity/ Boemo ba motho ya etsang diketso tse hlokang
tlhaloso e nepahetseng; kapa ya nahanang ka tsela e fosahetseng. Ketso tsa sethoto;
kapa motho eo kelello ya hae e notlelehang hangata. Ho kgineha boko. (bap.
Sethoto).
Botio (bo-ti-aw) /seriousness, firmness/ Ketso ya ho tia; kapa ho bontsha bosio ba
papadi ketsong e itseng. Boemo bo supang boikemisetso. Ho ba boemong bo
tsitsitseng ba mmele, kelello kapa motsamao; ho bua ntle le ho bapala kapa ntle le
papadi; ho ba sebopehong se thata kapa se thatafetseng sa mmele kapa sa puo.
59
60
Botla (bu-tla) /it shall, it will/ Seemedi se sebedisoang mmoho le mareho, mabitso
kapa mantsoe a qalang ka “B”. Mohl. Botla tsamaya bohloa. Botla fela bosiu. Borena
ba hae botla fela haufi. jj (bap. setla).
Botlaila (bo-tla-i-la) /inability to sing/ Boemo ba ho se tsebe ho bina. Ketso ya
letlaila. Tlholeho ya ho bina. (bap. Letlaila).
Botlaila (bo-tla-i-la) /blundering, blunder, mistake/ Ketso ya diphoso ka ho se tsebe
ho bua hantle kapa ho sebedisa mantsoe a sa lokang. (bap. Letlaila).
Botlalo (bo-tla-law) /completeness, completely/ Ketso ya ho tlala kapa ho phetheha
hoa ntho e itseng. Ka mokgoa o felletseng.
Botlanyi (bo-tlan-yi) /typing/ Tshebediso ya mochini wa ho ngola ho etsa mantsoe
afe kapa afe. Mokgoa wa ho ngola ka seetsoa seo ho tobetsoang dikonopo tsa sona
bakeng sa ho ngola mantsoe kapa ditlhaku. (bap. setlanyi).
Botlatla (bo-tla-tla) /asinity, brainlessness, dullness/ Boemo ba setlatla; mokgoa wa
motho eo ketso tsa hae di sa kgahlising. Ketso ya ho etsa dintho kapa diketso tse
hlokang bohlale kapa masene. (bap. Setlatla).
Botle (bo-tle) /beauty/ Chebahalo e ntle ya sefahleho, sebopeho sa ntho kapa mmele
wa motho. Kgahleho e bonoang ke leihlo.
Botloaelehi (bu-tlwa-ele-hi) (botlwaelehi) /populism/ Mokgoa wa ho tsebahala
haholo mokgatlong, mokgeng, sehlopheng kapa sechabng ka lebaka la diketso le
dipuo tse itseng; setumo sa motho ya tsebahalang mokgatlong, ya nang le
tshutsumetso bongateng ba batho ka baka la puo tsa hae tse ikgethang. (bap. setumo).
Botlodi (bu-tlu-di) /jumping/ Ketso ya ho tlola: mosebetsi kapa tloaelo ya ho tloha ka
nqena ka morero wa ho ya ka nqane; ho ya ka lehlakoreng leleng la ntho ka ho
jethema kapa ho qothoma se mahareng. (bap. tlolo, tjethemo, qhothomo, qhomo).
Botlokotsebe (bo-tlu-ku-tse-be) /deliquence, crime, vandalism/ Ketso, boitshoaro le
mekgoa ya setlokotsebe: boemo ba motho, haholo ya monyane dilemong, ya
boitshoaro le diketso tse mpe; ya phelang ka ho utsoa, ho seba, ho hlekefetsa kapa ho
tlola molao ofe kapa ofe wa naha le wa lelapa.
Botlokoa (bu-tlaw-kwa) /place of Motlokoa/ Sebaka seo ho dulang Batlokoa teng;
moo ho tsoang Batlokoa teng. (bap. Tlokoeng) (mm. Botlokwa).
Botlola (bo-tlo-la) /intimidate/ Ho tshosa ka mantsoe a boima kapa ka diketso tse
tshosang. Ho etsa hore motho abe le letsoalo kapa a tshohe. (bap. tshosa).
Botlolo (baw-tlaw-law) /bottle/ Setshelo se entsoeng ka kgalase ho sebedisoa ho
tshela dintho tse metsi kapa tse itseng. /bon. Dibotlolo/ (bap. lephaka).
Botlololli (bo-tlu-lul-li) /acrobatic/ Papadi ya ho etsa hlanaphetho le ho tsoetla ditho
tse itseng tsa mmele. Tlhodisano ya papadi ya hlanaphetho, ho jethema, ho qhoma,
ho qhothoma le ho pelekanya ditho tsa mmele. (bap. moipelekanyi) (mm. Tlola,
tlolaka, tlololla, tlolo, setlodi).
Botona (bu-tun-a) /masculinity/ Boemo ba ho ba motona kapa ponahalo ya bonna bo
feletseng ho motho. Boteng ba setho sa bonna mmeleng. (bap. botshehadi).
Botoro (baw-taw-raw) /butter/ Mafura a sebedisoang ho neta kapa ho tlotsa bohobe
ba koro kapa sejo sa koro. Mafura a ka sebedisoang ho hadika sejo kapa dijo tse
itseng bakeng sa ho di natefisa. /bon. dibotoro/ (bap. Sereledi).
Botumi (bo-tu-mi) /stardom, celebrity, eminence, renown, public esteem/ Boemo
ba ho tsejoa kapa ho tloaeleha sechabeng kapa bathong ka baka la ketso tse itseng;
boemo ba ho tsebahala sebakeng le sechabeng ka baka la mosebetsi o itseng;
tloaeleho ya motho ya binang, phatlalatsang ditaba, wa sebapadi kapa ya tummeng ka
ketso e itseng. Tsebahalo sechabeng le naheng ka bophara. /bon. 0/ (bap. setumo).
Botsa (bo-tsa) /ask/ Ho batla karabo bakeng sa ketsahalo kapa lebaka le itseng.
60
61
Botsamai (bo-tsa-ma-i) /tourism, travelling/ Ketso ya motsamai kapa motho ya
chakelang sebaka ka morero wa ho tseba sebaka kapa ho ya phomolong. (bap.
bohahlaudi).
Botsana (bo-tsa-na) /ask each other/ Ketsetsano ya ho botsa. (bap. Potsano).
Botsetseke (bu-tse-tse-ke) /flair, ability/ (Sheb. boqhetseke bakeng sa tshebediso).
Botsetsa (bu-tse-tsa) // Ketsetso ya ho botsa. (bap. Potsetso).
Botsetse (bu-tsi-tsi) /itinerancy, wandering/ Ketso ya setsetse. Boemo ba ho robala
matsekela kapa tloaelo ya ho robaletsa moo eseng haeno. Tloaelo ya ho etsa diketso
tsa setsetse. (bap. Setsetse, senonnori, bononnori).
Botshaetshae (bots-ha-ets-hae) /stupidity/ Boemo ba tshaetshae: tloaelo kapa
mokgoa wa motho ya hlokang tlhalefo le bohlale ba ho etsa ntho tse bonolo kapa tse
tloaelehileng; boemo ba motho ya fumanang boemo bo bonolo bo le thata. (bap.
Sephoqo, tshaetshae).
Botshehadi (bots-he-ha-di) /feminity) Boemo ba motho e motshehadi kapa ponahalo
ya bosadi bo tletseng. Ho ba le setho sa mosadi, ngoanana, nkgono kapa phoofolo e
tshehadi. (bap. Bosadi).
Botshekalle (bots-hik-kal-le) /mountaineering, cliffhangering/ Papadi kapa tloaelo
ya motho ya tshekallang: wa tloaelo ya ho tsamaya methating ya dithaba le ho hloa
dilomo. Boemo ba motho eo papadi ya hae eleng ho hloella dithaba le dilomo.
Botshelela (bots-hi-le-la) /hexagon/ Palo e ka hodimo ho bohlano empa e le ka tlase
ho bosupa. Boteng ba mahlakore a fetang bohlano empa ale ka tlase ho bosupa. (bap.
tshela, tshelela).
Botshelo (bots-hel-aw) /container/ (Sheb. setshelo bakeng sa tshebediso).
Botshepehi (bots-hep-e-hi) /trustworthiness, reliability/ Ketso ya ho tshepeha kapa
pontsho ya ho tshepjoa. Boemo ba ho etsa diketso tsa nnete ka nako e beiloeng.
Botshepuwa (bots-he-pu-wa) (botshepuoa) /trusteeship/ Tloaelo ya ho ba
mosebeletsi ya ikarabellang ho matlotlo, thepa yohle kapa tsamaiso ya mafa a
mosebeletswa kapa ramosebetsi. (bap. motshepuwa).
Botshoana (bots-hwa-na) /dark female complexion/ Boemo ba mmala wa motho e
motshehadi o motsho. Boteng kapa ponahalo ya mmala o motsho wa motho e
motshehadi. (bap. setshoana) (mm. Botshwana).
Botsikinyane (bo-tsi-kin-ya-ne) /itchiness/ E bakang kapa e etsang hore motho kapa
ntho e ingoahe kapa e ipikitle. Ketso ya ho tsikinyetsa. (bap. Bohlohloni).
Botsikoane (bo-tsi-kwa-ne) /fowl flea/ Mofuta wa kokonyana seka nta eo hangata e
tholahalang ho dikgoho, eo ha e le mothong e bakang ho ingoaya kapa botsikinyane
bo boholo. /bon. 0/ (mm. Botsikwane).
Botsitso (bo-tsi-tswa) /stability/ Boteng ba kgutso le taolo. Ketso ya ho tsitsa kapa ho
laola maemo ka tsela e ntle. Phediso mmoho le bosio ba morusu le pherekano.
Botsoa (bots-wa) /slothful, laziness, indolence/ E sa kgoneng ho sebetsa. E tsoafang
ho iketsetsa kapa ho hula ka thata. (mm. Botswa). Mael. Botsoa ha bo jeloe: ho
tsoafa ho sebetsa kapa ho tshoara ka thata ha ho lefe letho.
Botsoa (//) /slothfulness, laziness/ Ketso ya ho tsoafa ho sebetsa: ya kapa e tshabang
ho sebetsa; boemo ba seotsa. Tloaelo ya seotsa. (mm. Botswa).
Botsoadi (bots-wa-di) /parenthood, parental, maternal, paternal/ Boemo ba ho ba
motsoadi. Ketso ya ho tsoala kapa ho ba le bana ba tlhokomelong ya motsoadi.
Botsoafi (bots-wa-fi) /slothfulness, laziness/ Boemo ba ho tshaba ho sebetsa kapa ba
ho baleha mosebetsi. Boemo ba seotsa. Ketso ya ho tsoafa.
61
62
Botsoahatsana (bots-hwa-tsa-na) (botsohatsana) /antic/ Boemo ba setsohatsana kapa
motho ya tsofetseng haholo hofeta tekanyo. Leqheku kapa leqhekoana le hodileng
haholo. (bap. setsohatsana). (mm. botswahatsana).
Botsoallo (bots-wal-law) /citizenship, inhabitance, burghership/ Boemo ba ho
tsoalloa sebakeng. Boemo ba ho ba moahi wa sebaka ka tlhaho. (bap. letsoalla)
Botsoetse (bots-we-tse) /new motherhood/ Boemo ba motho ya sa tsoa tsoala lesea, a
nyantsha. Boemo ba motsoetse kapa mosadi kapa ngoanana ya antshang lesea.
Botsofadi (bo-tsu-fa-di) /acience, antigue/ Boemo ba motho wa kgale kapa ya nang
le nako e telele a phela. Boemo ba motsofe.
Botsofe (bo-tsu-fe) /old-age/ Boemo ba motho ya hodileng haholo dilemong kapa eo
e seng e le leqheku kapa leqhekoana. (bap. Motsofe).
Botsona (bo-tsaw-na) /of things: themselves/ Seemedi se sebedisoang mmoho kapa
bakeng sa mabitso a qalang ka “DI” ka bongateng. Mohl. Dintja ka botsona. Dihoete
ka botsona. Dihole ka botsona. Ka botsona di keke tsa bua. jj.
Botsotsi (bo-tso-tsi) /thuggery/ Boemo kapa mokgoa wa tsotsi kapa motho ya
phelang ka ho utsoa, qhekanyetsa, ho hapa ka dikgoka le ho bolaya ka ho hlokofatsa
bakeng sa ho thola se batloang. (bap. Bokebekwa, tsotsi).
Boulela (bo-u-le-la) /to be jealous/ Ho bontsha lerato ka tsela ya ho hloya motho ya
ratang kapa eo ho nahanoang hore o rata moratuwa wa moetsi. Ho nahanela moratuwa
wa hao hore o ratana le mangmang empa ho se joalo. Ho se batle hore moratuwa wa
hao a bue, buisoe kapa a qoqe le batho babang ntle le mabaka a utloahalang.
Bouna (bo-u-na) /to make shine (shoes)/ Ho etsa hore seeta se phatsime ka ho se
pikitla ka lesela ka mora ho se kenya boka (polish) (bap. phatsimisa).
Boupelli (bo-u-pel-li) // Boemo ba seupelli kapa motho ya upellang. (bap. Bonohe).
Boutu (bo-u-tu) /screw, bolt/ Mofuta wa tshepe e sebedisoang ho kopanya, tiisa,
kgomathetsa kapa tsitsisa dintho tse pedi kapa tse fetang moo ka ho e potapotisa
lesobeng la moo e tlangoang teng. /bon. diboutu/ (bap. sepekere).
Bowena (bu-we-na) /yourself, self/ Seemedi se supang kapa se emelang wena ntle le
motho emong kapa babang. (mm. Booena).
Boya (baw-ya) (boea) /wool/ Bolepu bo tholahalang letlalong la diphoofolo kapa
bathong boo sepheo sa bona eleng ho tshireletsa letlalo. /bon. Maboya/ Mael. Moloi
ha a mele boya: motho e mobe wa boitshoaro bo kgohlahetseng ha a bonoe ka
matshoao a ikgethang.
Boyabatho (bu-ya-bat-hu) /death, graveyard/ Sebaka seo motho kapa ntho e
shoeleng e yang teng. Sebaka sa mofu. Lebitla. (bap. mmamaotoanafinyela, lefu).
Boyena (bo-ye-na (boena) /self/ Motho ntle le ba bang. Mmuuwa ka botlalo, ntle le
mmuiswa. Tlh. Lentsoe le nepahetseng haholo ke “boyena” hofeta “boena”. (bap.
bosona, botsona, bolona, boyona).
Boyo (bu-yaw) (ha boyo) /of a thing: not there/ Hoa lebitso kapa lereho le qalang ka
tlhaku “B”: bo sio sebakeng seo bo batloang ho sona; bo sa fumanoeng moo bo
behiloeng teng. Mohl. Bohobe boo ke neng ke bo behile mona ha boyo. Bohoete ha
boyo ngoaneng ya monyane. (bap. Hoyo, leyo, keyo, ayo, eyo, bayo, yo).
Boyona (bo-yaw-na) /itself/ Seemedi se bontshang kapa emelang lebitso la ntho e le
nngwe ha e qolloa hara tseding. /bon. Botsona/ (bap. bolona).
Bua (bu-a) /talk/ Ho etsa molaetsa ka ho ahlamisa molomo le ho ntsha lentsoe; ho
hlahisa modumo o kgonang ho hlalosoa ke tsebe ka thuso ya boko. Ho etsa modumo o
bitsoang puo. (bap. bebera, homotha, homohomotha, pepeta, shoashoatha, phasoloha,
pota, qoqa, tleroloha, tsetsela). Mael. Ho bua ha se ho phetha: ya tsebang ho bua ha
62
63
se ya kgonang ho phethahatsa seo a se bolelang. Kgeleke ha se mophethi wa seo a se
bolelang. Mael. Ho bua ka pelo; ho nahana ka thata; ho solla hoa menahano.
Bua (bu-a) (buwa) /operate/ Ho qhaqha mmele wa phoofolo bakeng sa ho ntsha
dikahare; ho lokisa bokahare ba motho ya kulang ka ho rokolla, poma, qhaqha le ho
roka mmele wa motho ke ngaka e itseng. Tlh. Lentsoe le nepahetseng ke “buwa”
eseng “bua”.
Buang (bu-ang) /talking/ Tsoelopele ya ho bua: ho etsa molaetsa ka ho ya pele.
Buabua (bu-a-bu-a) /to chat/ Ho etsa moqoqo o hlokang bohlokoa; ho qoqa ka tsela e
hlokang botio.
Budula (bu-du-la) /blow/ Ho sebedisa moya ho atolasa ntho e itseng. Ho kenya
moya ka hara ntho e sarolohang. Ho butsoela ka moya. (bap. butsoela).
Budulela (bu-du-le-la) /blow air towards/ Ketsetso ya ho budula.
Buduletse (bu-du-le-tse) /blew/ Bokgale ba ho budula.
Buduletsoe (bu-du-lets-we) /blown/ Boetsuwa le bokgale ba ho budulela.
Buela (bu-ela) (buella) /talk about/ Ketsetso yaho bua. Mael. Ho buela nonyana
mollong: ho senya ditaba kapa ho ntsha sephiri pele ho nako.
Buella (bu-el-la) /to advocate/ Ho ba moemedi wa motho lekgotleng la dinyewe kapa
ho emela motho nyeweng. (bap. Mmuelli, moemedi, emela).
Buile (bu-i-le) // Bokgale ba ho bua.
Buisa (bu-is-a) /talk to, cuase to talk, converse/ Ketsiso ya ho bua: ho etsa moqoqo.
Buisana (bu-isa-na) /negotiate, converse/ Ketsetsano ya ho bua. Ho ba le dipuisano
bakeng sa ho rarolla qaka kapa bothata bo itseng. Ho ba le puo pakeng tsa batho ba
babedi kapa ba fetang moo. (bap. Puisano).
Buka (bu-ka) /book/ Pampiri e hatisitsoeng enang le maqhephe, eo sepheo sa ho e
bala eleng ho fana ka thuto, tlhokomediso, lesedi, boithabiso kapa ho batla bohlale le
tsebo e itseng. /bon. dibuka/.
Bukantswe (bu-ka-nts-we) (bukantsoe) /dictionary/ Buka e hlalosang mantsoe a puo
ho ya ka mongolo wa sechaba sa teng. /bon. dibukantswe/ (bap. patlamantsoe).
Buketsa (bu-ke-tsa) /to produce bad smell/ Ho ntsha monko o mobe haholo ka setho
seseng sa mmele. Ho nkgisetsa ka monko o bohale.
Bula (bu-la) /open/ Ho etsa hore monyako kapa bokeno bo amohele ba kenang le ba
tsoang. Ho etsa lemati le kenye ya kenang kapa ya tsoang. Mael. Ho bula ditsebe: ho
mamela hantle ka ho batla ho utloisisa.
Bula (bu-la) /open/ Ho etsa hore meaho ya ditshebeletso e qale ho sebetsa. Ho etsa
hore moaho kapa sebaka se secha se qale ho sebedisoa semmuso. Ho etsa hore
mosebetsi o qale ka ho fana ka puo.
Bulela (bu-le-la) /welcome/ Ketsetso ya ho bula. Ho amohela motho kapa ntho e
itseng ka ho bula monyako kapa ka ho mo dumella sebakeng sa hao. (bap. amohela).
Buletse (bu-le-tse) // Bokgale ba ho bulela.
Buletsoe (bu-lets-we) // Boetsuwa ba ho bulela.
Burama (bu-ra-ma) /lay over/ Ho robala kapa ho paqama hodima ntho ka mpa kapa
mmele o moholo. Ho dula hodima. (bap. Fuama).
Bureditse (bu-re-di-tse) // Bokgale ba ho buretsa.
Buresitsoe (bu-re-di-tswe) // Boetsuwa ba ho buretsa.
Buretsa (bu-re-tsa) /hit hard/ Ho otla ha bohloko, ka thata, kapa ka ntho e thata.
Busa (bu-sa) /rule/ Ho ba le taolo ya mmuso. Ho etella naha pele. Ho ba moetapele
wa sechaba. Ho laola sechaba, naha le moruo wa yona. Mael. Ho busa pelo: ho
kgutlisa thabo ka mora ho kgena ho hoholo. Mael. Ho busa sefahleho: ho bontsha ho
halefa ka ho sosobanya tshobotsi ya sefahleho; ho kgena haholo.
63
64
Busa (bu-sa) /govern, dominate, reign, superintend/ Ho ba le matla a ho laela
lapeng, mosebetsing kapa sebakeng se itseng. Ho ba le taolo ya dintho.
Buseditse (bu-se-di-tse) /returned, sent back/ Bokgale ba ho busetsa.
Buseletsa (bu-se-le-tsa) /compensate, atone, refund, reimburse/ Ho kgutlisa ka
baka la ditshenyehelo; ho lefa seo motho a se lahlehetsoeng mosebetsing; ho fa
chelete kapa phahlo ka baka la boemo ba se kgutlisitsoeng bo sa lokang; ho lefa
bakeng sa ditshenyehelo. (bap. hlapisa).
Buseletsana (bu-se-le-tsa-na) /reciprocate/ Ketsetsano ya ho buseletsa: ho kgutlisa se
entsoeng ho ya se entseng. Mael. Kgalapa di a buseletsana: Motho ya kileng a etsoa
hantle ke emong le yena o etsa joalo. Ho etsetsana botle; boemo ba batho ba
etsetsanang tse ntle ka ho kgutlisetsana botle mmoho.
Busetsa (bu-se-tsa) /return, extradite/ Ho kgutlisetsa moo ntho kapa motho a tsoang
teng. Ho isa ntho kapa motho morao sebakeng sa hae kapa sa yona. Mael. Ho busetsa
molamu sefateng: ho iphetetsa kapa ho etsa se entsoeng ho wena ho moetsi. (bap.
Khutlisa) (bap. kgakapa di a buseletsana).
Busetsoa (bu-sets-wa) /returned/ Boetsuwa ba ho busetsa. Ho kgutlisetsa morao moo
ntho e tsoang teng.
Busolla (bu-sul-la) /chew cud, regurgitate/ Ho hlafunisa joang kapa se jewang ke
diphoofolo ha di phomotse, hangata bosiu.
Busolosa (bu-so-lo-sa) /chew cud, regurgitate/ Ho hlafunisa joang kapa se jewang
ke diphoofolo ha di phomotse, hangata bosiu. (bap. thuisa, pusuloso).
Butha-buthe (but-ha-but-he) (Botha-Bothe) /Butha-Buthe/ Setereke sa Lesotho se
pakeng tsa Mokhotlong le Leribe. Sebaka kapa setereke se ka lebowa ba bochabela ba
Lesotho. Tem. Pitsetso ya semelo e nepahetseng ya lebitso lena ke Botha-Bothe.
Butle (bu-tle) /slowly/ Ka tsela e lenama kapa e sa tatang.
Butle (bu-tle) /gently/ Ka tsela e bonojana e sa kgehlepetseng. (mm. butlebutle).
Butle (bu-tle) /exclamation: wait a minute!/ Lekgotsa le laelang ho emisa ketsahalo
kapa boemo bo itseng. Mohl. Butle hle monna! Butle o nkutloisa bohloko!
Butlebutle (bu-tle-bu-tle) /slow but show/ Hanyane hanyane; ka tsela e iketlileng
empa e bontshang hore ketsahalo e tla fela. (mm. butle-butle).
Butsoa (buts-wa) /ripe/ Ho ba boemong ba ho jewa kapa ho koenyoa.
Butsoela (buts-we-la) /shoot/ Ho thunya ka sethunya. (bap. thunya) (mm. Butswela).
Butsoela (buts-we-la) /pump/ Ho sebedisa moya bakeng sa ho etsa hore mollo o tuke.
Butsoella (buts-wel-la) /pump towards/ Ketsetso ya ho butsoela.
Butsoisa (buts-wi-sa) /ripen/ Ketsiso ya ho butsoa. (mm. Butswisa).
Butsoiso (buts-wi-saw) /ripening/ Ketso ya ho butsoisa. Tlh. Lentsoe le nepahetseng
ke “putsoiso” hofeta “butsoiso”. (bap. Putsoiso).
Buuwa (bu-u-wa) /talked, said/ Boetsuwa ba ho bua. (mm. Buuwang).
Buuwang (bu-uwang) // Boetsuwa ba ho bua ka ho tsoela pele. (bap. Buang). Mohl.
Ke sefe se buuwang moo? Ho buuwang mole ha Moletsane?
Buwa (bu-wa) /to operate, butcher/ Ho ntsha kapa ho sebetsana le dikahare tsa
motho kapa phoofolo. Ho qhaqha mmele wa phoofolo bakeng sa ho ntsha dikahare;
ho lokisa bokahare ba motho ya kulang ka ho rokolla, poma, qhaqha le ho roka mmele
wa motho ke ngaka kapa motho ya itseng. Tlh. Lentsoe le nepahetseng ke “buwa”
eseng “bua”. Lentsoe “Bua” le hlalosa puo le molaetsa o itseng.
64
65
Ccc
PALE:
Tlhaku ya boraro (3) Sesothong. Re ka re ena le dikgang (controversy) hobane batho
ba neng ba re ba nchafatsa Sesotho ba ile ba e fetolela ho “tj”. Lebakabaka e le ho
kgotsofatsa (appease) Bakone (nguni speaking people) hobane tlhaku ena e bitsoa ka
tsela enngwe ho morabe wa Bakone. Hantlentle, ha ho lebaka la hore e se sebedisoe.
Hape, ha ho lebaka la hore e bitsoe “tj” le utloahalang. Ebang ho fosahetse ho
Mosotho ho sebedisa “C”, bo-Mochochoko, Chitja, Chomane Chomane,
mochochonono le ba bang, ba tlameha ho fetola mabitso a bona ho bo-motjhotjhoko,
tjhomane tjhomane. Ho salang ke hore “C” etla dula e le teng Sesothong hobane e
nepahetse, ha ho phoso ka yona. Etsoe le Basotho ba Leboa ba a e sebedisa
mantsoeng a mangata. Sesotho se etseditsoe Basotho eseng baqapi ba Sesotho ba
dichaba. Le ha hole jwalo, mantswe a qalang ka “tj” a kenyeleditswe
patlamantsweng ena ho etsa hore mmatli wa mantswe a seke a sokola.
Tlhokomediso: bongata ba maetsi a qalang ka “Sh” bongata ba mareho kapa mabitso
(nouns) a ona a fetohela ho “C”. Mohlala: sheba=chebo, shahlisa=chahliso,
shoba=chobo, shapa=chapo, jwalo jwalo.
C (si).
Cha (cha) /burn/ Ho otloa ke mollo. Ho utloa mocheso wa lelakabe kapa mofuthu o
moholo wa mollo. (mm. Tjha). Mael. Ha o cha o cheche: ebang ha o wa kgotsofala o
tlameha ho tloha sebakeng; ebang o wa belaela o tlameha ho sutha, o suthele ba
dumellanang le se buuwang.
Chaba (cha-ba) /of sun (to rise)/ Ho hlaha hoa letsatsi bochabela. (mm. tjhaba).
Chaba (cha-ba) /of male animal: white face with black, yellow or red body/ Hoa
mmala wa phoofolo: e hlooho kapa sefahleho se sesoeu le mmala wa mmele o
motsho, kapa o mosehla, kapa o mokgunong. (mm. tjhaba).
Chabana (cha-ba-na) /white face with black, yellow or red/ Hoa mmala wa
phoofolo e tshehadi: e hlooho kapa sefahleho se sesoeu le mmala wa mmele o
motsho, kapa o mosehla, kapa o mokgunong. (mm. tjhabana).
Chabela (cha-be-la) // Ketsetso ya ho chaba. (mm. tjhabela).
Chabeloa (cha-be-law) Boetsuwa ba ho chaba kapa ho chabela. (mm. tjhabelwa).
Chabetse (cha-be-tse) // Ketsetso le bokgale ba ho chaba. (mm. tjhabetse).
Chabetsoe (cha-bets-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho chaba. (mm. tjhabetswe).
Chabile (cha-bi-le) /of the sun: shining/ Ketsahalo ya ho chaba. Ho hlaha hoa letsatsi
kapa boteng ba letsatsi. Ho bonahala hoa kganya ya letsatsi. (mm. tjhabile).
Chabisa (cha-bi-sa) // Ketsiso ya ho chaba. (mm. tjhabisa).
Chabisoa (cha-bi-swa) // Boetsuwa ba ho chaba. (mm. tjhabiswa).
Chachametsa (cha-cha-me-tsa) /run swiftly/ (sheb. Chalametsa).
Chachametso (cha-cha-me-tso) // (sheb. Chalametso bakeng sa tshebediso).
Chacharo (cha-cha-raw) /trouncing, beating, to give a hiding/ Ketso ya ho shashara
kapa ho hlola ka ho shapa ha bohloko pontsheng. Ketso ya ho otla ha bohloko ka ho
tlontlolla pontsheng ya bohle. Ho otla ka tsela e phoqang ya shatjoang kapa ya
otloang. (mm. tjhatjharo).
65
66
Chadimano (cha-di-ma-naw) // Ketso ya ho shadimana kapa ho shebana: ho shadima
emong mme le yena a shadime ya mo shadimileng.
Chadimeho (cha-di-me-haw) /lookable/ Ketso ya ho shadimeha kapa ho ba le
sebopeho se setle sa sefahleho kapa mmele. Ho rateha tshobotsi. (mm. tjhadimeho).
Chadimelo (cha-di-mel-aw) // Ketsetso ya ho shadimela: ho bona ntho ka tsela e
nngwe le ho e nahana ka tsela e fapaneng. Ho nahanela motho. (mm. tjhadimelo).
Chadimisiso (cha-di-mi-si-so) /examining/ Ketso ya ho shadimisisa: ho sheba ka ho
batlisisa kapa ka ho etsa diphuphutso. (mm. tjhadimisiso).
Chadimiso (cha-di-mi-so) /browsing/ Ketso ya ho shadimisa: ho sheba ka bonngwe
ka hloko e kgolo; ho sheba ho tloha qalong ho isa qetellong. (mm. tjhadimiso).
Chadimo (cha-di-maw) /staring/ Ketso ya ho shadima kapa ho lebisa mahlo ho ntho
e itseng. Ketso ya ho tadima kapa ho sheba. (mm. tjhadimo).
Chaela (cha-e-la) /approve/ Ho dumella ketso e itseng hore e tsoele pele; ho dumella
hore ketso e itseng e etsahale. Mohl. Letona le chaela kakanyo ya rona monoana. Ha
ho motsoadi ya ka chaelang taba ena monoana. Mael. Ho chaela taba monoana: ho
dumellana le seo ho buuwang ka sona kapa se koptjoang. (mm. Tjhaela, chaella).
Chaelo (Cha-el-aw) /approval/ Ketso ya ho chaela kapa fana ka tumello. Ho dumella
hore ketso e itseng e etsahale kapa e phethahale. (mm. tjhaelo).
Chafo (cha-fu) /mining/ Sebaka se ka tlasa lefatshe seo ho rafjoang dirafjoa teng:
mokoti oo ho ona ho fumanoang dirafjoa. Mokoti kapa sekoti seo ho epjoang
dirafjoang teng; moo ho chekoang le ho epolla dirafjoang tse tsoanang le gauta,
mashala, taemane, polathinamo le tse ding. /bon. dichafo/ (mm. tjhafo).
Chahliso (cha-hli-saw) /robustness/ Ketsiso ya ho shahlisa: ho etsa hore motho kapa
ntho e be le mmele kapa sebopeho se phetseng hantle se batsi. (mm. tjhahliso).
Chahlo (cha-hlaw) /body strength, robust/ Ketso ya ho shahla: ho ba le mmele o
matla o phetseng hantle; ho natlafala hoa mmele; ponahalo ya mmele o matla, o batsi.
Chai (cha-i) /yield, abundance/ Boteng ba kgora ka mora kotulo. Bongata ba se
kotutsoeng. Boteng ba se hlokahalang ka bongata.
Chaisa (cha-is-a) /collide/ Ho thetsa, thula kapa ho otlana ka mmele ka baka la kotsi e
sa reroang. Ho etsa kotsi ya makoloi. Tem. Lentsoe lena ha le utloahale joalo ka
lentsoe la Sesotho le ha le hloka sothofatso e ka bapisoang le lona. Lentsoe la
senyesemane, “chase” hase sothofatso ya lentsoe lena ka lebaka la moelelo o
fapaneng wa lona. (bap. thula) (mm. tjhaisa).
Chaisana (cha-i-sa-na) // Ketsetsano ya ho chaisa. (mm. tjhaisana).
Chaisano (cha-is-an-aw) /collision/ Ketso ya ho chaisana: thulano ya makoloi kapa
dipalangoang mmileng. (bap. thulano) (mm. Tjhaisano).
Chaisitse (cha-i-si-tse) /collided/ Bokgale ba ho chaisa. (mm. tjhaisitse).
Chaisitsoe (cha-i-sits-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho chaisoa. (mm. tjhaisitswe).
Chaiso (cha-i-so) /collision/ Ketso ya ho chaisa: ho thetsa, thula kapa ho otlana ka
mmele ka baka la kotsi e sa reroang. Ho etsa kotsi ya makoloi.
Chaisoa (cha-i-swa) // Boetsuwa ba ho chaisa. (mm. tjhaiswa).
Chaka (cha-ka) /visit/ Ho etela motho kapa ho ya sebakeng se itseng. (mm. tjhaka).
Chakatsa (cha-ka-tsa) /maize flower/ Thunthuru ya semela sa poone. Palesa ya
semela sa poone ha se le maemong a ho beha. (mm. tjhakatsa).
Chakatsa (cha-ka-tsa) /to flower/ Ho etsa palesa ke semela sa poone ha e le boemong
ba ho beha kapa ho bontsha kholo. Ho hlahisa palesa kapa thunthuru. (mm. tjhakatsa).
Chakela (cha-ke-la) /to visit/ Ketsetso ya ho chaka. (mm. tjhakela).
Chakile (cha-ki-le) // Bokgale ba ho chaka. (mm. tjhakile).
66
67
Chakelo (cha-ke-law) /visitation, visit/ Ketso ya ho chaka kapa ho etela motho kapa
ntho e itseng. Ho ya sebakeng se itseng ka sepheo sa ho bona kapa ho kopana le
mangmang. (mm. Tjhakelo).
Chakisa (cha-ki-sa) /to make a visit/ Ketsiso ya ho chaka. (mm. tjhakisa).
Chakisoa (cha-ki-swa) // Boetsuwa ba ho chaka. (mm. tjhakiswa).
Chalaka (cha-la-ka) /roam/ Ho tsamaya ka sepheo sa ho sheba kapa ho batlisisa se
etsahalang. Ho batla taba ka ho sollaka. (bap. Solla, tshetshetha ) (mm. tjhalaka).
Chalakaka (cha-la-ka-ka) // Phetako ya ho chalaka. (mm. tjhalakaka).
Chalametsa (cha-la-me-tsa) /to go in and out, here and there/ Ho tsamaya ka ho
kena le ho tsoa mona le mane ka sepheo se sa tsejoeng. (mm. tjhalametsa). Tem.
Batho babang ba sebedisa lentsoe, “chachametsa” bakeng sa “chalametsa”.
Chalametso (cha-la-me-tso) /going in and out, here and there/ Ketso ya ho
chalametsa: boemo kapa mokgoa wa ho tsoa le ho kena le ho ya mane le mona ntle le
botsitso. (mm. tjhalametso, tjhatjhametsa, tjhathjametso).
Chankana (cha-nka-na) /jail, prison/ Sebaka seo ho koalloang motshoaruwa kapa
moo setlokotsebe se koalloang teng. Moaho wa batho ba tlotseng molao kapa ba
ahlotsoeng lekgotleng la dinyewe ka baka la tlolo ya molao. (bap. teronko) (mm.
tjhankana) /bon. dichankana/.
Chalakile (cha-la-ki-le) // Bokgale ba ho chalaka. (mm. tjhalakile).
Chalakisa (cha-la-ki-sa) // Ketsiso ya ho chalaka. (mm. tjhalakisa).
Chalakisitsoe (cha-la-ki-sits-we) // Bokgale le boetsuwa ba ho chalaka. (mm.
tjhalakisitswe).
Chalakisoa (cha-la-kiswa) // Boetsuwa ba ho chalaka. (mm. tjhalakiswa)
Chalako (cha-la-kaw) /roaming/ Ketso ya ho chalaka kapa ho tsamaya hohle ka
sepheo se itseng. (mm. tjhalakiswa).
Chanotso (cha-nuts-aw) /falsification, refutability/ Ketso ya ho shanotsa kapa ho
bontsha hore ntho e itseng e hloka bonnete; ho ntsha leshano le buuwang ka ho
hlalosa nnete; ho lokisa puo e hlokang nnete kapa bonnete; ho bontsha emong hore
seo a se etsang ha se sona. Boemo ba ho supa tlhokeho ya nnete. (mm. tjhanotso).
Chapaletsa (cha-pa-lets-a) /perjure/ Ho bontsha phetoho tshepisong e entsoeng
pejana; ketsetso ya ho chapatsa.
Chapaletso (cha-pa-lets-aw) // Ketso ya ho chapaletsa. (mm. tjhapaletso).
Chapano (cha-pa-naw) // Ketso ya ho shapana: ho shapa emong mme le yena a shape
ya mo shapang. (mm. tjhapano).
Chapatsa (cha-pa-tsa) /perjure/ Ho bontsha phetoho tshepisong e entsoeng pejana:
ho bua leshano ka mora ho tshepisa ho bua nnete.
Chapatso (cha-pa-tso) /perjury/ Ketso ya ho chapatsa: puo e hlokang nnete; puo e
hananang le tshepiso e entsoeng pejana.
Chapello (cha-pel-law) /indiscriminate beating/ Ketso ya ho shapella: ho otla ntle le
ho kgetholla kapa ho natha le motho kapa ntho e hlokang molato. Ho otla kaofela ntle
le kgethollo.
Chapo (cha-paw) /beating, to give a hiding, thwacking/ Ketso ya ho shapa: ho natha
ka ho utloisa mmele kapa setho sa mmele bohloko; ho mula ka thupa kapa phafa; ho
shashara ka letsoho; ho kgitla ka molamu; ho hlola ka papadi; mamola ka seatla kapa
ka setebele. (mm. tjhapo).
Chata (cha-ta) /to make marriage ceremony/ Ho etsa mokete wa lenyalo. Ho nka
molekane ka ho etsa mokete wa lenyalo. (bap. nyala) (mm. tjhata).
67
68
Chatelo (cha-te-lo) (shatelo) /intransigence/ Ketso ya ho shatela: ho bua mantsoe a
ho hana; ho bontsha pelaelo le khanyetso kgahlanong le se buuwang ke emong; ho se
dumellane ka ho hana. (mm. tjhatelo).
Chatile (cha-ti-le) /married/ Bokgale le ketsahalo ya ho chata. (mm. tjhatile).
Chatisa (cha-ti-sa) // Ketsiso ya ho chata. (mm. tjhatiso).
Chatiso (cha-tis-aw) /marriage/ Ketso ya ho chatisa. (bap. lenyalo).
Chatisoa (cha-ti-swa) // Boetsuwa ba ho chata. (mm. tjhatiso).
Chatsi (cha-tsi) /vivicious/ E tletseng bophelo le matjato; e mafolofolo ka ho bua le
ka seemo sa kelello. Mohl. Ngoana enoa ha a mmele o batsi feela, ebile o kelello e
chatsi haholo. (bap. batsi, nonopetse, chahlo) (mm. tjhatsi).
Che (che) /no/ Lentsoe le sebedisoang ho bontsha khanyetso kapa ho hana seo ho
buuwang ka sona kapa se etsahalang. (bap. hohang) (mm. tjhe).
Che (//) /burn/ Mohl. E tle e che feela ke tla o lokisa. Ha e che hobane mollo o tuka
hantle. Re batla hore sefate sena se che. (mm. tjhe).
Chebahalo (che-ba-ha-law) /attractiveness, gorgeousness/ Ketso ya ho shebahala:
ho ba boemong bo hohelang ba sebopeho sa mmele le tshobotsi ya sefahleho; ho
rateha ka baka la bohloeki le moaparo o motle; pono e ntle e kgotsofatsng mahlo a
mmohi; ho rateha ka baka la botle le sebopeho. (mm. tjhebahalo).
Chebano (che-ba-naw) // Ketso le ketsetsano ya ho shebana: ho lebisa leihlo ho
motho, le motho a lebisa leihlo ho wena. (mm. tjhebano).
Chebeho (che-be-haw) /lookable, shape/ Ketso ya ho shebeha kapa ho ba boemong
ba mmele ba ho kgahla leihlo ka baka la botle kapa ho apara hantle. (mm. tjhebeho).
Chebello (che-bel-law) /watching, viewing/ Ketso ya ho shebella kapa ho lebisa
leihlo ketsahalong e itseng kapa nthong e itseng. (mm. tjhebello).
Chebisiso (che-bi-si-saw) /analysis/ Ketsisiso ya ho sheba kapa ho sheba hantle ka
hloko e kgolo. (mm. tjhebisiso).
Chebo (che-baw) /a look/ Ketso ya ho sheba: ho bula mahlo bakeng sa ho tadima; ho
bula mahlo bakeng sa ho a lebisa nqa ya se bonoang; ho batlisisa ka mahlo.
Chebo (che-baw) /view point, an idea/ Ketso ya ho sheba kapa ho bontsha maikutlo
ka ketsahalo kapa ntlha e itseng. (mm. tjhebo).
Che-bo (che-bo) /exclamation: no, no!/ Lekgotsa le bontshang ho hana ka botlalo
seo ho buuwang ka sona. Lentsoe le sebedisoang ho hanyetsa puo kapa ketsahalo e
itseng. Ho latola kapa ho latolela. Hohang!
Checha (che-cha) /withdraw, go backward/ Ho ya morao kapa ho tsamaya ka
santhao. Ho baleha ka ho kgoecha. (mm. tjhetjha). Mael. Ho checha hoa ramo ha se
ho baleha: ho ya morao hoa motho ha se ho baleha empa ke ho nka matla; ho
kgoechella morao ke ho nka matla kapa ho itlokisa bakeng sa ho hlasela. Mael. Ha o
cha o cheche: ebang ha o wa kgotsofala o tlameha ho tloha sebakeng; ebang o wa
belaela o tlameha ho sutha, o suthele ba dumellanang le se buuwang.
Cheche (chi-chi) /leucosidea sericea/ Mofuta wa sefate o nang le bofubedu o hlahang
kapa melang dithabeng kapa letsoapong le pela dilomo, ebile se sebedisoa haholo
bakeng sa patsi . /bon. Dicheche/ (mm. tjhetjhe).
Checheello (chi-chi-el-law) /indiscriminate/ Ketso ya ho shesheella kapa ho nka
kaofela ntle le ho kgetha. Ho nka ntle le ho kgetholla; ho qotsa kapa ho ngoatha
mmoho le ho sa batlahaleng. (bap. shesheello) (mm. tjhetjheello).
Chechella (che-chel-la) /retreat, withdraw, recoil/ Ho kgutlela morao ka baka la ho
baleha ntoa; ho suthisa mmele ohle kapa karolo ka ho lebisa nqa enngwe; ho suthela
emong ka ho ya morao.
68
69
Chechello (che-chel-law) /retreat/ Ketso ya ho chechella: ho kgutlela morao ka baka
la ho baleha ntoa; ho suthisa mmele ohle kapa karolo ka ho lebisa nqa enngwe.
Chechile (che-chi-le) // Bokgale ba ho checha. (mm. tjhetjhile).
Chechisa (che-chi-sa) /reverse/ Ketsiso ya ho checha kapa ho etsa hore ntho e ye
morao. Ho kgoechisa kapa ho isa morao. (mm. tjhetjhisa).
Chechisana (che-chi-sa-na) // Ketsetsano ya ho checha (mm. tjhetjhisana).
Chechisano (che-chi-sa-naw) // Ketso ya ho chechisana. (mm. tjhetjhisano).
Chechisoa (che-chi-swa) // Boetsuwa ba ho checha. (mm. tjhetjhiswa).
Chefu (che-fu) /poison, toxin/ Motsoako o nang le makumane a ka bolayang kapa a
ka holofatsang mmele ha a jewa kapa a newa. Motsoako o bolayang, o entsoeng ka ho
kopanya meriana e kotsi bakeng sa mmele wa motho kapa ntho e phelang. /bon.
dichefu/ (bap. sejeso) (mm. tjhefu).
Cheha (che-ha) /trap/ Ho etsa hore ntho kapa motho a tshoasehe. Ho etsa hore ntho e
tshoaroe ke leraba kapa sefi. (bap. sefi) (mm. tjheha).
Chehile (che-hi-le) // Bokgale ba ho cheha.
Chehiloe (chehiloe) // Boetsuwa ba ho cheha.
Cheho (che-haw) /trapping, ensnaring/ Ketso ya ho cheha: ho etsa hore ntho kapa
motho a tshoasehe. Ho etsa hore ntho e tshoaroe ke leraba kapa sefi. (mm. tjheho).
Chehoa (che-hwa) // Boetsuwa ba ho cheha. (mm. tjhehwa).
Cheholla (che-hul-la) /untrap/ Ketsollo ya ho cheha kapa ho etsa hore sefi se seke sa
tshoasa. Ho tshoasolla kapa ho hakolla lerabeng. (mm. tjheholla).
Chehollo (che-hul-law) /untrapping/ Ketso ya ho cheholla: mokgoa wa ho etsa hore
sefi se seke sa tshoasa. Ho tshoasolla kapa ho hakolla lerabeng. (mm. tjhehollo).
Cheholloa (che-hul-lwa) /untrapped/ Boetsuwa ba ho cheholla.
Chehollotse (che-hul-lu-tse) // Bokgale ba ho cheholla.
Chehollotsoe (che-hul-luts-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho cheholla.
Cheka (chi-ka) /dig/ Ho etsa mokoti fatshe kapa ho tlosa mobu ka ho sebedisa
sesebedisoa se itseng. Ho epa ka ho baka lesoba fatshe. (mm. tjheka).
Cheko (chi-kaw) /excavation, digging/ Ketso ya ho cheka kapa mosebetsi wa ho
etsana le mokoti. Kepo ka ho baka lesoba fatshe. (mm. tjheko).
Cheko (chi-kaw) /girls‟ game/ Papadi eo hangata e bapaloang ke banana ka ho thala
mela e nang le masakana fatshe ebe ba sututsa sementu ka leoto leleleng ho se lebisa
masakaneng ohle. (bap. diketo) (mm. tjheko).
Chekolla (chi-kul-la) /exhume/ Ho ntsha tlasa mobu ka ho epa. Ho epolla se
tsetetsoeng kapa se kentsoeng tlasa mobu. Ketsollo ya ho cheka. (mm. tjhekolla).
Chekollo (chi-kul-law) /exhumation/ Ketso ya ho chekolla. Kepollo ya se tsetetsoeng
kapa se kentsoeng tlasa mobu. (mm. tjhekollo).
Chekolloa (chi-kul-lwa) /exhumed/ Boetsuwa ba ho chekolla.
Chekollotse (chi-kul-lo-tse) /exhumed/ Bokgale ba ho chekolla.
Chekollotsoe (chi-kul-lots-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho chekolla.
Chele (chi-le) /burnt/ Bokgale ba ho cha.
Chele (chi-le) /horny, aroused, lustful/ Hoa maikutlo a takatso ya thobalano: ya
batlang ho boka kapa ho bokoa; ya nang le takatso ya pokano kapa thobalano; ya
lakatsang ho kopana le motho e motshehadi kapa e motona bakeng sa motabo. Mohl.
Ebe ke nnete hore monna ha a chele a ka hlokometsa bana ba masea?
Chelete (che-le-te) /money/ Se sebedisoang bakeng sa ho reka kapa ho fapanyetsana
ka se nkuwang le se fanoang; se sebedisoang bakeng sa ho lefa; se emelang moruo wa
naha ha ho bapisoa le dirafjoa kapa dihlahisoa tsa naha tse kenang naheng le tse
tsoang naheng ka phapanyetsano. /bon. Dichelete/ (bap. makgekgeba) (mm. tjhelete).
69
70
Chella (chel-la) /lust for/ Ho ba le takatso ya mosadi kapa monna. (mm. tjhella).
Chello (chel-law) /lust, lustfullness, concupiscence/ Ketso ya ho chella. Takatso ya
pokano kapa thobalano. (bap. chele) (mm. tjhello).
Chemola (che-mu-la) /get away/ Ho kgona ho baleha ka lebaka la ho lokolloa,
lokoloha, tlamoloha kapa ho tlamolloa; ho ba boemong ba ho tsoa ditlamong.
Chemolo (che-mu-law) /getting away/ Ketso ya ho chemola: ho kgona ho baleha ka
lebaka la ho lokolloa, lokoloha, tlamoloha kapa ho tlamolloa; ho ba boemong ba ho
tsoa ditlamong. (mm. pshemola).
Chenano (che-na-naw) // Ketso ya ho shenana: ho phutha ka tsela eo ntho ebang
nyane haholo; ho phutha ka ho etsa nyane. (mm.tjhenano).
Chenche (chin-chi) /change/ Chelete e kgutlisetsoang ho moreki ka mora ho reka;
masalla a chelete ka mora theko ya thepa. /bon. Dichenche/. (mm. Tjhentjhe).
Cheno (chi-naw) // Ketso ya ho shena: ho phutha kapa ho honyetsa lesela kapa ntho e
itseng ka ho e etsa hore e be nyane. (mm. tjheno).
Chepa (chi-pa) /dig/ Ho etsa mokoti ka ho epa fatshe. (bap. Cheka, epa).
Chepo (chi-paw) /excavation/ Ketso ya ho chepa. (bap. cheko) (mm. tjhepo).
Chesa (chi-sa) /burn, burning/ Ho etsa hore ntho e apareloe ke mollo kapa lelakabe;
ho etsa hore ntho e tuke kapa e hotele. Ho baka kubello. Mael. Bo tsholoa bo chesa,
bo tsohe bo fodile: maikutlo a khalefo a kokobela ha nako e ntse e tsamaya. Mael. Ho
ba phateng tse chesang: ho kula haholo ka tsela eo mokudi a hlolehang ho tsoha
moalong, moo a robetseng teng.
Chesehela (chi-se-he-la) /crave for, desire, covet/ Ho batla ntho e itseng ka mokgoa
o moholo. Ho labalabela haholo. Ho lakatsa ka tsela e kgolo. (mm. tjhesehela).
Chesehelo (chi-se-hel-law) /covetousness, desire/ Ketso ya ho chesehela: tabatabelo
kapa takatso e kgolo haholo. Tabatabelo e sa lokang. (mm. tjhesehelo).
Cheseho (chi-se-haw) /covetousness/ Boemo ba ho batla kapa ho labalabela ntho e
itseng ka tsela e kgolo. Patlo ya ntho e itseng ka tsela eseng ntle. (mm. tjheseho).
Cheseho (chi-se-haw) /eagerness/ Mokgoa le maikutlo a ho batla ntho e itseng ka
matla; tabatabelo ya monahano e kgolo. (mm. tjheseho).
Chesela (chi-se-la) /weld/ Ho kopanya tshepe le tse ding ka sesebedisoa sa ho
kgomathetsa kapa ho mamaretsa ditshepe mmoho. (mm. tjhesela).
Chesela (che-si-la) /to chisel/ Ho thuba, tletleranya kapa ho thuba ka chesele.
Chesela (che-se-la) ) // Ketsetso ya ho chesa. (bap. Chesetsa) (mm. tjhesela).
Chesele (chi-si-li) /chisel/ Se sebedisoang bakeng sa ho petsola, tletleranya kapa ho
thuba ka ho se otla ka hamore. /bon. dichesele/ (mm. tjhesele).
Cheseletsa (chi-se-le-tsa) /to weld/ Ho kopanya tshepe le tse ding ka sesebedisoa sa
ho kgomathetsa kapa ho mamaretsa ditshepe mmoho. (mm. tjheseletsa).
Cheseletso (chi-se-le-tso) /welding/ Mosebetsi wa ho cheseletsa kapa ho kopanya
ditshepe le disebedisoa tse tshoanang le tshepe. (mm. tjheseletso).
Cheselo (chi-se-law) /welding/ Ketso ya ho chesela. (mm. tjheselo).
Chesetsa (chi-se-tso) /ablaze, ignite/ Ho hotetsa kapa ho etsa hore ntho e tuke. Ho
etsa hore naha kapa sebaka se apareloe ke mollo. (bap. hotetsa) (mm. tjhesetsa).
Chesetso (che-sets-aw) /ignition, ablazing/ Ketso ya ho chesetsa kapa ho hotetsa: ho
etsa hore naha kapa sebaka se apareloe ke mollo. (mm. Tjhesetso).
Chesisa (che-si-sa) /cause to burn/ Ketsiso ya ho chesa. Ho etsa hore ntho e che.
Chesitse (che-si-tse) // Bokgale ba ho chesa. (mm. tjhesitse).
Chesitsoe (che-sits-we) // Bokgale le boetsuwa ba ho chesa. (mm. tjhesitswe).
Cheso (chi-saw) /burning/ Boemo ba ho chesa, lakabetsa kapa ho tuka. Ketso ya ho
etsa mollo hore o senye ntho e itseng. (mm. tjheso).
70
71
Chi (chi!) /exclamation: completly burnt/ Lekgotsa le bontshang boemo kapa tsela
eo ntho e cheleng ka teng. Ho cha ka botlalo. (bap. lore!) (mm. tjhi!).
Chichirisa (chi-chi-ri-sa) // Ho thella motheong kapa theledisaneng. Tlh. Lentsoe le
nepahetseng la Sesotho ke “thella”. (bap. thella) (mm. tjhitjhirisa).
Chichiriso (chi-chi-ri-so) // (bap. thello) (mm. tjhitjhiriso).
Chifona (chi-fo-na) /rural youth night party/ Timiti ya bacha ba mahaeng. Mokete
wa bosiu wa bacha ba metsaneng.
Chitja (chit-ja) /oval like, round/ E sebopeho se sedikadikoe; e nang le mahlakore a
senang sekgutlo kapa lekgutla. (bap. sedikadikoe) (mm. tjhitja).
Chitja (chit-ja) /without horns, hornless/ Hoa kgomo: e hlokang manaka kapa e
senang manaka. Hoa thaba: e sedikadikoe. (mm. tjhitja).
Chitjana (chit-ja-na) /of a cow: hornless/ Hoa kgomo e tshehadi: e hlokang manaka;
eo manaka a yona a leng sio; e hlooho e hlokang manaka. (mm. tjhitjana).
Cho (chaw) /say/ Ho tla ka taba; ho bua hona joale. (bap. Echo) (mm. tjho).
Chochoasedisa (chwa-chaw-se-di-sa) // Ketsiso ya ho choachoasela kapa ho etsa hore
leqeba le be bohloko. Ho etsa hore motho a tsitsinye mmele bakeng sa mmino.
Choachoasela (chwa-chwa-se-la) /dance, jive/ Ho thothometsa mmele kapa ditho tsa
mmele bakeng sa mmino. Ho fochosela bakeng sa mmino wa diletsa. Ho tjeka ka
lebaka la pina kapa mmino. (bap. Mohobelo, mokgibo) (mm. tjhwatjhwasela).
Choachoasela (chwa-chwa-se-la) /painful/ Ho ba bohloko haholo hoa leqeba.
Choachoaselo (chwa-chwa-sel-aw) /painfulness/ Ketso ya ho choachoasela kapa ho
utloa bohloko bo boholo hoa leqeba. (mm. tjhwatjhwaselo).
Choachoaselo (chwa-chwa-sel-aw) /dancing/ Ketso ya ho choachoasela kapa ho
tsitsinya mmele ka „baka la mmino wa diletsa. (mm. tjhwatjhwasela).
Choatla (chwa-tla) /break, crash/ Ho petsola ka ho otlanya fatshe kapa ka ho otla ka
ntho e boima. (bap. Thuba, tletleranya) (mm. tjhwatla).
Choatleha (chwa-tle-ha) /breakable/ Ketsahalo ya ho choatla. Boemo ba ho thubeha
kapa ho petsoha ka dikoto. (bap. thubeha) (mm. tjhwatleha).
Choatleho (chwa-tle-haw) /breakage, breaking/ Ketso ya ho choatleha: mokgoa wa
ho thubeha kapa ho petsoha ka dikoto.
Choatlo (chwa-tl-aw) /breakage/ Ketso ya ho choatla kapa ho arola ka ho thuba ntho
e itseng. (bap. thubo) (mm. tjhwatla).
Chobachoba (chaw-ba-chaw-ba) /devious, evasive/ Ho hloka botsitso ka ho se arabe
potso hantle; ho se dulesehe sebakeng seleseng. (mm. tjhobatjhoba).
Chobachobo (chaw-ba-chaw-baw) /deviousness/ Ketso ya ho chobachoba kapa ho
hloka botsitso ka ho se arabe potso hantle kapa ho se dulesehe sebakeng seleseng.
Chobe (cho-be!) /exclamation: sudden disappearance/ Lekgotsa le bontshang ho
nyamela hoa ntho e itseng ka potlako, mokoting kapa hara ntho e itseng. Ho nyamela
hanghang mokoting kapa poteletsaneng. (bap. nyame!) (mm. tjhobe!).
Chobediso (chu-be-dis-aw) /elopment/ Ketso ya ho shobedisa kapa ho nka ngoanana
ke mohlankana ka sheshe ho mo etsa mosadi. Ho nka ka dikgoka. Ho nka motho wa
mosetsana ka dikgoka ho ya mo etsa mosadi. (bap. koetela) (mm. tjhobediso).
Chobela (chaw-be-la) /disappear/ Ho nyamela ka mokoting kapa hara ntho e itseng
ka potlako. Ho kena poteletsaneng. (bap. nyamela) (mm. tjhobela).
Chobelo (chu-be-law) /elopment/ Ketso ya ho shobela kapa ho tsamaya hoa
ngoanana le mohlankana ka sepheo sa ho dula mmoho, joalo ka monna le mosadi ntle
le tumello ya batsoadi. Lenyalo le sa hlohonolofatsoang ke batsoadi. (bap. kwetelo).
Chobola (chaw-bu-la) // Ho bua hampe le motho ka ho se bontshe tlhompho le kgetho
e ntle ya mantsoe. (mm. tjhobola).
71
72
Chobolo (chaw-baw-law) /wild woman/ Motho e motshehadi ya sa tsebeng ho bua
hantle le batho. Motho eo kgetho ya hae ya mantsoe e hlokang tlhompho.
Chobolo (chaw-baw-law) /rudeness/ Ketso ya ho chobola: pontsho ya puo e mpe
kgahlanong le motho emong; tshebediso ya mantsoe a mabe kgahlanong le motho;
bohale bo hlokang kelello. (bap. Bochobolo).
Choeha (chwe-ha) (choea) // Ho ntsha masepa a metsi ka sebono; ho nyela masepa a
thapileng haholo. (mm. tjhwea, tjhweha).
Choeisa (chwe-is-a) /laxative/ Ketsiso ya ho choeha: ho etsa hore motho a nyele
masepa a metsi kapa a thapileng haholo. (mm. tjhweisa).
Choelello (chwel-lel-law) // Ketso ya ho shoelella: ho shoa mmoho le batho ba
tlamehang ho bolawa; ho shoa ka phoso ka baka la molato wa batho kapa motho
emong. (mm. tjhwello).
Choello (chwel-law) // Ketso ya ho shoella: ho shoa bakeng sa motho ya tlamehang
ho bolawa; ho nka sebaka sa eo a loketsoeng ke lefu. (mm. tjhwello).
Choeso (chwe-saw) /killing of/ Ketso ya ho shoesa kapa ho bolaya. Boemo ba ho
ntsha moya mothong kapa ho fedisa bophelo ba ntho e itseng. (mm. tjhweso).
Choeya (chwe-ya) // Tlh. Lentsoe le nepahetseng ke “choeha” kapa “choea”.
Chofa (chaw-fa) /push/ Ho sututsa ka matsoho; ho isa pele ka matsoho. (mm. tjhofa).
Chofachofana (chaw-fa-chaw-fa-na) /to push repeatly/ Ketsetsano ya ho chofa.
Chofachofano (chaw-fa-chaw-fa-naw) /repeat pushing/ Ketso ya ho chofachofana.
Chofaka (chaw-fa-ka) // Phetako ya ho chofa. (bap. sututsaka).
Chofako (chaw-fa-kaw) // Ketso ya ho chofaka.
Chofana (chaw-fa-na) // Ketsetsano ya ho chofa.
Chofano (chaw-fa-naw) // Ketso ya ho chofana.
Chofile (cho-fi-le) // Bokgale ba ho chofa.
Chofiloe (cho-fi-lwe) // Boetsuwa le bokgale ba ho chofa.
Choko (chaw-kaw) /chalk/ Se se sebedisoang bakeng sa ho ngola leboteng ke
mosuwe, mosuwetsana, morutuwa kapa morutwana. /bon. dichoko/ (mm. tjhoko).
Cholo (chu-law) /said so/ Bokgale ba ho cho. (mm. tjholo).
Chomachomana (chaw-ma-chaw-ma-na) /to form friendship/ Ho etsa setsoalle
hanghang le motho emong; ho ba metsoalle ka nako e kgutshoane.
Chomachomano (chaw-ma-chaw-ma-naw) /friendship making/ Ketso ya ho
chomachomana: mokgoa wa ho etsa setsoalle le motho emong kapelenyana; tloaelo
ya ho ba chomi ya motho emong ntle le bothata. (mm. tjhomatjhomano).
Chomana (chaw-ma-na) /befriend each other/ Ho ba motsoalle le motho emong; ho
etsa setsoalle kapa kamano ya botsoalle. Ho ba chomi ya motho emong.
Chomane (chaw-ma-ne) /befriended, acquinted to/ Bokgale ba ho chomana.
Chomano (chaw-ma-naw) /acquintance, befriend/ Ketso ya ho chomana: mokgoa
wa ho kgema mmoho le motho emong bakeng sa setsoalle; ho ba motsoalle le motho
emong; ho etsa setsoalle kapa kamano ya botsoalle. Ho ba chomi ya motho emong.
Chomi (cho-mi) /friend, acquintance/ Motho eo le amanang le yena ka setsoalle
feela empa ese wa heno kapa wa leloko. Motsoalle wa motho; mokgotsi wa motho
emong. /bon. bochomi/ (bap. motsoalle) (mm. tjhomi).
Chopodisa (cho-pu-di-sa) // Ketsiso ya ho chopoha kapa ho chopola.
Chopodisoa (cho-pu-di-swa) // Boetsuwa ba ho chopola (mm. tjhopodisa).
Chopoha (cho-pu-ha) /slip/ Ho tsoa matsohong ka baka la ho thella, phoso kapa ntle
le boikemisetso. Ho lokoloha ka sepheo sa ho baleha. (bap. chopola) (mm. tjhopoha).
Chopohile (cho-pu-hi-le) // Bokgale ba ho chopoha. (mm. tjhopohile).
72
73
Chopoho (cho-po-haw) /slipery/ Ketso ya ho chopoha kapa ho tsoa matsohong ka
baka la ho thella, phoso kapa ntle le boikemisetso. Ho lokoloha matsohong ka lebaka
la ho thella. (bap. chopolo) (mm. tjhopoho).
Chopola (cho-pu-la) /escape/ Ho tsoa ditlamong ka sepheo sa ho baleha kapa ho ja
fatshe. Ho lokoloha kapa ho itokolla ka sepheo sa ho baleha. (bap. baleha) (mm.
tjhopola, chopotse).
Chopolo (cho-pu-law) /an escape, breakout/ Ketso ya ho chopola kapa ho tsoa
ditlamong ka sepheo sa ho baleha kapa ho ja fatshe. Ho lokoloha ka sepheo sa ho
baleha. (bap. chopoho, paleho) (mm. tjhopolo).
Chopotse (cho-pu-tse) // Bokgale ba ho chopola. (mm. tjhopotse).
Chora (chaw-ra) /well postured/ Ho ba le mmele o emeng hantle, o molelele, oo
seemo sa ona o otlolohileng. (mm. tjhora).
Chorile (chaw-ri-le) // Bokgale ba ho chora. (mm. tjhorile).
Chorisa (cho-ri-sa) // Ketsiso ya ho chora. (mm. tjhorisa).
Chorisitse (cho-ri-si-tse) // Bokgale le ketsiso ya ho chorisa.
Chorisitsoe (cho-ri-si-tswe) // Boetsuwa ba ho chora.
Chorisoa (cho-ri-swa) // Boetsuwa ba ho chora. (mm. tjhoriswa).
Choro (chaw-raw) // Ketso ya ho chora: ho ba le mmele o emeng hantle, o molelele,
oo seemo sa ona se otlolohileng hantle. (mm. tjhoro).
Chuchisa (chu-chi-sa) // Ho etsa mosebetsi wa mochuchisi. (bap. mochuchisi).
Chuchiso (chu-chi-saw) // Ketso ya ho chuchisa. (mm. tjhutjhiso).
Chuchumakgala (chu-chu-ma-kga-la) /steam train, locomotive/ Mofuta wa
sepalangoang se seholo, se nang le materoko, o tsamayang ka matla a mashala le
metsi. /bon. dichuchumakgala/ (bap. terene, mafongfonyane) (mm. tjhutjhumakgala).
Chuo (chu-o) /exclamation: go away!/ Lekgotsa le sebedisoang ho laela hore motho,
phoofolo kapa ntho e tsamae. Mohl. Chuo! Ha e tloe mona! Chuo! Ha e ye!
73
74
Ddd
PALE:
Tlhaku ya bone (4) ya Sesotho. Baqapi kapa bangodi ba pele ba Sesotho ba ne ba
nahana hore tlhaku “D” ha e sebediswe ka Sesotho. Ha se nnete. Tlhaku ya bone ya
puo ya Sesotho e ya sebediswa. E sebediswa ke Basotho mantsweng a mangatahadi
jwalo ka: disa, dutla, dula, duba, diabolosi, dikanyetsa, jwalo jwalo. Batho ba
ngangellang hore tlhaku ena ha e sebediswe Sesothong ba phelekanyeditswe
(indoctrinated) ke badichaba ba neng ba ngola Sesotho ka mora selemo sa 1833!!
Tlhokomediso: ha ngata mantsoe a qalang ka “D” ke mangatafatsi (pluralizer).
Hape, amang a mantsoe a qalang ka tlhaku ena a sebedisoa a le ka bongateng. A
ngatafatsa mantswe a dintho tse itseng, haholo diphofolo, dintho le dimela. Mohlala:
katse=dikatse, pere=dipere, tlou=ditlou, pitsa=dipitsa, sefate=difate, poone-dipoone,
pene=dipene, tjepa=ditjepa, jwalo jwalo. Le ha ho le jwalo, ho ntse hona le mantswe
a semelo/tlhaho a mangata a ka bonngweng a qalang ka tlhaku ena.
D (di) //.
Daniele (ta-ni-e-le) /Daniel/ Buka ya bibele ya bomashome a mabedi le metso e
tsheletseng (26) testamenteng ya kgale.
Deuteronoma (di-ute-raw-naw-ma) /deuteronomy/ Buka ya bohlano (5) ya bibele
testamenteng ya kgale. Tem. Lebitso lena, “deuteronoma” le bolela “tshoantshiso ya
molao” ka puo ya Sesotho.
Di (di) /pluralizing preffix/ Sehlongoapele se ngatafatsang lentsoe kapa mantsoe a
dintho kapa diphoofolo. Mohl. ntja=dintja, kgomo=dikgomo, sepekere=dipekere, jj
Di (di) /they (things)/ Seemedi se sebedisoang ho emela mabitso a ka bongateng a
dintho. Mohl. Di teng kaofela. Di tsamaile le rangoane. Di kgutlile di kgathetse
haholo. Di ntle ha di dutse fatshe.
Dia (dia) /of things: they are/ Seemedi kapa leemedi le bontshang ntho tse ka
bongateng. Mohl. Dia tsamaya. Dia bonahala. Dia kenyeletsoa le tsona.
Ditshoantsho tsa mefuta ya dinonyana tse phatlaladitsoeng bukeng ena ha dia hatisoa
kaofela. Tlh. Ho molemo ho kopanya lentsoe lena ho qoba tlhaloso e sa utloahaleng
ya lentsoe “a” ha e arotsoe ho “di” joalo ka “di a” bakeng sa “dia”.
Dia (di-a) (diha) /cause to fall, plunge, stumbe/ Ho isa fatshe ka sepheo sa ho loana,
natha kapa ho otloa; ho isa boemong bo tlase ka ho tlosa boemong ba boetapele; ho
tlosa mmuso ka dikgoka ka sepheo sa ho kenya o mmuso omong. Ho etsa hore eng
kapa eng e wele. (bap. diha). Tem. Lentsoe le nepahetseng haholo la puo ya Sesotho
ke “ diha” hofeta “dia”. Lentsoe “dia”(they) le sebedisoa haholo joalo ka seemedi se
hlalosang dintho ka bongateng joalo ka: “dia tsamaya”. “Dia baba”. Jj.
Diabanneng (di-a-ban-ne-ng) /man‟s confrontation/ Ketso e thata kapa e boima eo
ho nahanoang hore e tshoanetse banna feela. Bothata boo motho a kopanang le bona
bophelong. (bap. seabanneng) (mm. liabanneng).
Diabenya (di-a-ben-ya) /lightning/ Kganya e etsoang ke maru a pula nakong ya
dipula tsa letsolo. (mm. liabenya).
74
75
Diabolosi (dia-bo-lo-si) /satan/ Moya o kgahlanong le Modimo. Moya o sa batleng
toka, botsitso ba batho lefatsheng, mme o eketsa bokudi le bomadimabe. Lengeloi le
leholo la tahleho le qapileng boikgohomoso le tshenyeho. (mm. liabolosi).
Diala (di-ala) // Se kgonang ho sheba ka ho phatlalla ntle le tshiro. Mael. Mahlo ke
diala ha a je sa motho: mahlo a sheba feela ntle le hore ntho e ntle kapa e mpe; mahlo
a sheba le seo ho sa dumeleheng hore a se shebe.
Dialla (di-al-la) /before daybreak/ Nako pele letsatsi le chaba; hoseng ka meso kapa
ka madungoadungoane. Ka meso.
Diana (di-a-na) /cause each other fall/ Ketsetsano ya ho dia. (bap. dihana).
Didibolotsa (di-di-bo-lo-tsa) /detach, luxate/ Ho mamarolla se mamaretseng ka ho se
hotsula kapa ho se ntsha moo seleng teng. (bap. Qaqapolotsa) (mm. Lilibolotsa).
Didibolotse (di-di-bo-lo-tse) /detached/ Bokgale ba ho didibolotsa.
Didibolotso (di-di-bu-lo-tso) /detachement, luxation/ Ketso ya ho didibolotsa kapa
ho mamarolla se mamaretseng ka ho se hotsula kapa ho se ntsha moo seleng teng.
Didibolotsoe (di-di-bo-lots-we) /detached/ Boetsuwa ba ho didibolotsa.
Didietsa (di-di-ets-a) /ululate/ Ho etsa modidietsane kapa modumo wa tlholo ka
molomo. Ho etsa mohowo wa tlholo ka molomo. (bap. howa, mohowo) (mm.
lilietsa).
Dieha (di-e-ha) /delay/ Ho se fihle ka nako e nepahetseng. Ho fihla ka mora nako e
beiloeng. Ho ba lenama ho etsa ketso e itseng. (mm. lieha).
Diehile ( di-e-hi-le) // Bokgale ba ho dieha.(mm. liehile) .
Diehisa (di-e-his-a) /to delay/ Ketsiso ya ho dieha. (bap. potolohisa) (mm. liehisa).
Diehisitsoe (di-e-hi-sits-we) // Bokgale le boetsuwa ba ho dieha. (mm. liehisitsoe).
Diehisoa (di-e-hi-swa) /delayed/ Boetsuwa ba ho dieha. (mm. liehisoa, diehiswa).
Dieketseng (di-eke-tse-ng) /girl after girl/ Lebitso la ngoana e motshehadi ya
hlahileng ka mora bana ba banana habo. Lebitso la ngoanana eo eleng keketso ho
banana ba teng lapeng labo. /bon. Bodieketseng/ Tem. Ka puo ya Sekone (nguni)
lebitso lena le bolela “ntombifuthi” kapa “ntombizodwa”, ha ka puo ya setswana ba re
ke “ngwanyanakgape”. (mm. lieketseng).
Diela (di-e-la) /retire/ Ho lesela mosebetsi ka lebaka la botsofe; ho emisa ho sebetsa
ka lebaka la boqheku; ho ba madiela. (bap. tielo) (mm. liela). Mael. Ho diela
dikgala: ho qetella taba; ho akaretsa se boleloang; ho hlalosa ka ho phethela puo.
Diela (di-e-la) (dihela) /deceive/ Ho etsa hore motho emong a lahlehe ka dipuo kapa
diketso tse hlokang nnete; ho lahlehisa ka puo e fosahetseng. (bap. qhekanyetsa).
Diela (di-e-la) /cause to fall/ Ho wisa kapa ho etsa hore ntho kapa motho a wele
fatshe; ho baka ho wela. (bap. wela, wisa, diha, dia).
Diengoane (di-eng-wa-ne) /a girl born during noise of the crickets/ Ngoana
ngoanana ya hlahileng nakong eo seongoane kapa diongoane di neng di bakile lerata
le leholo. /bon. bodiengoane/ (bap. seongoane) (mm. diengwane, seengwane).
Diepeepe (di-e-pe-e-pe) /marvel(s)/ Boemo ba diketsahalo tsa meka le mehlolo;
mehlolo e meholo ka tsela e makatsang. (mm. liepeepe).
Diepetsane (di-epe-tsa-ne) /trouble maker/ Motho e motona ya masene, eo ka nako
tse ngata a dulang a le dikgathatsong. /bon. Bodiepeepe/ (bap. Mmadiepetsane)
Diepollo (di-ep-ul-law) /exhumation/ Ketso ya ho epolla kapa ho ntsha ntho e
epetsoeng tlasa mobu. Ketso ya ho ntsha bafu mabitleng. (bap. Kepollo) (mm.
liepollo).
Difanya (di-fan-ya) /errors, mistakes/ Ketso e tsoileng tseleng kapa e sa nepahalang;
phoso e entsoeng; botlaila bo etsahalang. /bon. Difanya/ (bap. fanya) (mm. lifanya).
75
76
Difaqane (di-fa-qa-ni) /great slump, tribal wars/ Nako tsa kgale tsa dintoa tsa
merabe tseo di neng di etsahala Afrika e ka Borwa, mehleng ya morena Moshoeshoe
le Chaka. Nako eo tlala e kgolo eneng e rena ka yona: motho a ja motho, ntja e ja ntja,
ho le hobe. (bap. faqana) (mm. lifaqane).
Dife (di-fe) (difeng) /which ones/ Lebotsa le sebedisoang bakeng sa ho tseba tseo ho
buuwang ka tsona di le ka bongateng. (bap. Ding).
Diha (di-ha) /cause to fall, plunge, stumble/ Ho isa fatshe ka sepheo sa ho loana,
natha kapa ho otloa; ho isa boemong bo tlase ka ho tlosa boemong ba boetapele; ho
tlosa mmuso ka dikgoka ka sepheo sa ho kenya o mmuso omong. Ho etsa hore eng
kapa eng e wele. (bap. dia). Tem. Lentsoe le nepahetseng haholo la puo ya Sesotho
ke “ diha” hofeta “dia”. Lentsoe “dia”(they) le sebedisoa haholo joalo ka seemedi se
hlalosang dintho ka bongateng joalo ka: “dia tsamaya”. “Dia baba”. Jj. Mael. Ho
diha ditsebe: ho bontsha bothoto bo boholo.
Dihaba (di-ha-ba) /vegetable leaf/ Lekgapetla kapa makgapetla a moroho kapa
semela se sebedisoang joalo ka sejo. /bon. Dihaba/ (bap. mahlaku) (mm. lihaba).
Dihalefote (di-ha-le-fo-te) /share cropping/ Bolemi kapa temo eo batho ba babedi
ba dumellanang ho lema tshimo ya emong ka sepheo sa ho fumana chai mmoho;
bolemi ba karolelano boo sepheo sa bona eleng ho thusa monga tshimo ya sa
kgoneng. /bon. dihalefote/ (bap. seahlolo).
Dihaeya (di-ha-e-ya) /miracles/ Boteng ba ketsahalo tse makatsang mmohi kapa
mobohi. (bap. mehlolo, meka, diepeepe) (sheb. Haeya bakeng sa tshebediso).
Dihaka (di-ha-ka) /wisdom teeth/ Meno a hlahang motho ya hodileng kapa ya
fetileng bongoana. Meno a hlahang dilemong tse pakeng tsa 16 le 20. Tlh. Lentsoe
lena le sebedisoa le le ka bongateng nako e ngata. (bap. haka) (mm. lihaka).
Dihele (di-he-le) /hell/ Sebaka seo ho dumeloang hore satane o dula teng; moo rafifi a
dulang teng kapa a tla isoa teng ka tsatsi la kahlolo. Lehae la satane. /bon. Dihele/.
Dihloho (di-hlaw-haw) /news head lines/ Selelekela sa ditaba tse phatlalatsoang.
Dihlong (di-hlo-ng) /shy, shyness/ Ponahalo ya ho tshaba ho bua kapa ho etsa ketso e
itseng. Tlholeho ya ho nka mohato ka baka la ho tshoha kapa ho tshaba batho.
Dihibo (di-hi-baw) /touch game/ Papadi ya ho thetsana ka matsoho mme ya
thitsitseng pele a balehe; ya thitsitsoeng a mathise ya mothitsitseng ho fihlela le yena
a mo thetsa. /bon. Dihibo/ (bap. hiba) (mm. lihibo).
Dihoro (di-haw-raw) /ricketts/ Ponahalo ya masapo a maoto a sa emang hantle ka
baka la lefu le bakoang ke tlhokeho ya lebese kapa bosio ba dijo tse akgang
khalesiamo (calcium). Tshoteho ya masapo ka baka la phepo e mpe. (bap. sehoro).
Dika (di-ka) /surround/ Ho ba ka mahlakoreng ohle a motho kapa ntho e itseng. Ho
loana kapa ho loantsha ka sehlopha. (mm. lika).
Dikadika (di-ka-di-ka) /encapsulate, enclose/ Ho potapota ka mahlakore ohle; ho ba
ka nqa tsohle tsa ntho; ho ba ka mahohle hoa ntho kapa motho. (mm. likalika).
Dikadika (di-ka-di-ka) /sceptic, skeptic, doubtfull/ Ho bontsha pelaelo kapa ho se
dumele ka ho etsa kapa ho bua kgahlanong le. (bap. tsilatsila).
Dikae (di-kae) /date/ Lebotsa kapa lentsoe le bontshang hore moetsi o batla ho tseba
nako kapa letsatsi la kgoedi ho ya ka alemanaka. /bon. Dikae/ Mohl. Ebe o tla fihla
ka dikae? Kajeno ke diake, ngoaneso? (bap. nako) (mm. likae).
Dikanyetsa (di-kan-yets-a) /besiege, encircle, blockade/ Ho futuha ka bongata kapa
mmoho. Ho hlasela sera ka ho futuha ka sehlopha kapa bongata. (mm. likanyetsa).
Dikela (di-ke-la) /to set/ Hoa letsatsi: ho nyamela bophirima. Ho phirima hoa letsatsi.
76
77
Diketekete (di-ke-te-ke-te) /multitude, masses/ Palo e kgolo ya batho e tlileng
sebokeng, papading, pitsong kapa kopanong e itseng. Tem. Lentsoe lena le sebedisoa
le le ka bongateng ha le hlalosa boemo ba batho ba bangata. (bap. Sekete).
Diketo (di-ke-taw) /playing stones/ Papadi ya ho bapala ka majoana a boreledi
(haholo batho ba batshehadi) a kapjoang ka ho a isa hodimo le tlase ka letsoho. Tem.
Lentsoe lena le sebedisoa le le ka bongateng hangata. (mm. liketo).
Diketso (di-ke-tso) /acts/ Buka ya bohlano (5) ya bibele testamenteng e ncha. /bon. 0/
Dikgetho (di-kget-haw) /elections/ Boemo ba ho kgetha motho kapa ntho etlang ho
etella pele babang ka moso. Ketso ya ho kgetha moetapele kapa baetapele. Ho hlahisa
se ratoang ke bongata ba batho. (mm. likhetho).
Dikgoka (di-kgu-ka) /by force/ Tsela ya ho etsa ntho ka ho sebedisa matla kapa
manganga; ngangello kapa matla a bosula a ho etsa ntho. Tlh. Lentsoe lena le
sebedisoa le le ka bongateng nako e ngata. Bonngwe ba lona ke kgoka. (mm.
likhoka).
Dikoloha (di-ku-lu-ha) /to go around in circle/ Ho potapota sebakeng seleseng ntle
le ho ya pele. Ho tsamaya ka ho potoloha sebaka. (mm. likoloha).
Dikoloha (di-ku-lu-ha) /to be uncertain/ Ho se tsebe se tlamehang ho etsoa ka ho bua
dipuo tse sa utloahaleng le ho etsa diketso tse hlokang botsitso. (bap. tikoloho).
Dikronike (di-kro-ni-ke) /chronicles/ Buka ya bibele ya leshome le metso e meraro
(13) testamenteng ya kgale. Tem. Ha ho tsebahale hantle hore hobaneng bangodi ba
bibele ya puo ya Sesotho ba ne ba sebedisa lentsoe lena “dikronike” ha hona le kgetho
ya lentsoe kapa mantsoe, “ditatellano”, “tlhatlhamano” kapa “ditlhatlhamano”.
Dila (di-la) /paint/ Ho neta lebota kapa ntho e itseng ka mobu kapa pente ya mmala o
itseng ka sepheo sa ho e nchafatsa kapa ho ntlefatsa. (mm. lila).
Dilala (di-la-la) /type of Basotho blanket/ Mofuta omong wa kobo ya Basotho. Tlh.
Leha batho ba rata ho sebedisa lebitso lena le le ka bongateng bakeng sa ntho e le
nngwe, bonngwe ba kobo ena ke “selala”. /bon. dilala/ (mm. lilala).
Dilatsoa (di-lats-wa) /liquor red lips syndrome/ Bofubedu bo hlahang dipuonama ka
lebaka la ho noa joala bo bohale haholo; bofubetsoana bo bonahalang puonameng bo
bakoang ke dino tai tse bohale. /bon. Dilatsoa/ (mm. Dilatswa) Tlh. Lentsoe lena le
sebedisoa le le ka bongateng nako tsohle. (bap. orisi) (mm. lilatsoa, dilatswa).
Dillo (tsa Jeremia) (//) /lamentations/ Buka ya bomashome (24) a mabedi le metso e
mene testamenteng ya kgale. (mm. lillo).
Dilopotsia (di-lo-po-tsi-a) /tithing, offering/ Karoloana ya chai kapa se kotutsoeng
seo ho fanoang ka sona ntlong ya thapelo. Karolo e fumanoeng ka mora ho kotula e
lebisoang kerekeng; monehelo o isoang tlung ya thapelo. Tlh. Lentsoe lena,
“dilopotsia” le sebedisoa lele ka bongateng hangata. (mm. lilopotsia).
Dimakatso (di-ma-kats-aw) /miracles and wonders/ Ketso tse makatsang motho ya
tadimileng. Ketso tsa mehlolo tseo monahano o sa di utloisising hantle. (mm.
limakatso).
Dimakatso (di-ma-kats-aw) /girl born by surprise/ Ngoana, haholo wa ngoanana, ya
makaditseng batsoadi ka ho hlaha ho sa lebelloa pele ho nako kapa kgoedi eo a neng a
tlameha ho tsoaloa ka yona. /bon. bodimakatso/ (bap. semakaleng)
Dimenyamenya (di-men-ya-men-a) /sweets/ Sejo se nang le motsoako wa tsoekere
se sa jelloeng ho kgora empa se jelloa monate kapa boithabiso. (bap.pongpong).
Dimenyane (di-men-ya-ni) /escape/ Ketso ya ho baleha chankaneng kapa ho balehela
bobodu bo entsoeng. Boemo ba ho itahla kapa ho nyamela ka sepheo sa ho qoba
kahlolo. (bap. leba) Mael. Ho ipha dimenyane: ho baleha ka ho nyamela.
77
78
Dimo (di-mo) /cannibal/ Seja batho. Motho ya jang batho ba bang. Motho ya jang
nama ya batho. /bon. madimo/ (bap. ledimo) (mm. limo).
Dimo (di-mu) /fairy tale monster/ Sebupuwa sa ditshomong se tshosang ebile se
tshabeha haholo. /bon. Bodimo/ (mm. limo).
Dineo (di-neo) /gifted female/ Lebitso la ngoanana kapa motho e motshehadi eo ho
dumeloang hore ona le neo. /bon. bodineo/ (bap. neo) (mm. lineo).
Ding (di-ng) /which ones/ Lentsoe le sebedisoang ho botsa dintho haholo ha di le ka
bongateng. (bap. Dife) Mohl. Ke batla tse ding. Le tlile le ding kajeno?
Ding (di-ng) /what things/ Seemedi se bontsang kapa se sebedisoang joalo ka
lebotsa. Ntho tse feng. (bap. eng) (mm. ling).
Dipakeng (di-pa-ke-ng) /between, in between/ Hara dintho tse pedi kapa tse fetang
palo eo. Hara mahlakore a mabedi. (bap. pakeng).
Dipala (di-pa-la) /silver stripes, heat markings/ Seka mongoapo o hlahang mmeleng
ka baka la lefu le itseng. Seka mongaopo o bakoang ke botenya kapa ho ipikitla pela
mollo kapa mofuthu wa mollo. (mm. lipala).
Dipalo (di-pa-law) /mathematics, maths, arethmetics, physics/ Lefapha la thuto le
sebetsanang le tloso, kopanyo, keketso le katiso ya palo tse itseng. Lefapha la thuto le
itshetlehileng ho botei, bohlale ba tokiso le tlhaloso ya dintho ka sehlale. Tharollo ya
marangrang ka ho sebedisa bohlale. /bon. 0/ (bap. palo, palomola, palohare,
palotshoano, palopatlo).
Dipalo (di-pa-law) /abilities/ Tsebo ya ho etsa dintho kapa ho nahana kapele ka ho
rarolla mathata a itseng. (bap. bohlale) Mohl. Ke monna wa dipalo tse hodimo.
Dipalopalo (di-pa-law-paw-law) /statistics, stats/ Bongata ba dintho ha di balloa
bakeng sa dipatlisiso kapa ho fana ka dikarabo. Ketso ya ho fana ka palo ya dintho
bakeng sa ho bapisa kapa ho etsa dipapiso. (mm. lipalopalo).
Dipapadi (di-pa-pa-di) /sport/ Ketsahalo tsa ho ithabisa ka ho sheba, bapala kapa ho
nka karolo ketsong eo sepheo sa yona e ka bang tlhodisano, boithapoloso kapa tlholo.
Dipesalema (di-pe-sa-le-ma) /psalms/ Buka ya bibele ya leshome le metso e robong
ya testamente ya kgale.
Diprovebia (di-pro-fe-bia) /proverbs/ Buka ya bibele ya bo mashome a mabedi ka
mora buka ya Dipesalema. Tlh. Lentsoe kapa lebitso la Sesotho ke Maele.
Diqhenqhe (di-qhen-qhe) // Seka metsi se tsoang molomong ka baka la ketsahalo e
itseng ya mmele kapa bokudi. Seka lemina se tsoang molomong ka lebaka la bokudi
kapa ketsahalo e itseng ya mmele. Tlh. Lentsoe lena le dula le le ka bongateng.
Diqi (di-qi) /foot steps/ Modumo wa direthe kapa maoto a motho a sa bonoeng; lerata
la direthe kapa bohato ba leoto. (bap. Seqi) (mm. liqi).
Disa (di-sa) /guard/ Ho shebana le mohlape kapa diphoofolo tse ruuwang. Ho alosa
kapa ho etsa mosebetsi wa moalosi. (bap. modisa) (mm. lisa).
Disebo (di-se-baw) /gods‟ given baby girl/ Ngoana ngoanana eo batsoadi ba hae ba
dumelang hore ke mpho ya badimo; mosetsana eo ho nahanoang hore o filoe batsoadi
ke badimo. /bon. Bodisebo/. (bap. Lesebo).
Disele (di-se-le) /different ones/ Seqolli se hlakisang ntho tseo ho buuwang ka tsona
ka bongateng ka ho kgetholla hara tse ding. Tse ding ntle le tseo ho buuwang ka
tsona.Tse fapaneng le tse bonoang kapa tse boleloang. (bap. Basele, bosele, sesele,
osele, esele, mosele, lesele) (mm. lisele).
Disene (di-se-ni) /teethless, toothless/ E hlokang meno; e senang meno. Ntle le meno
kapa leino. (bap. Lesako, sesene) (mm. lisene).
Disetsa (di-se-tsa) /to guard for/ Ketsetso ya ho disa. (mm. lisetsa).
Disitse (di-sits-we) // Bokgale ba ho disa. (mm. lisitse).
78
79
Disoa (di-swa) // Boetsuwa ba ho disa. (mm. Diswa).
Ditaba (di-ta-ba) /news/ Maemo a tikoloho ha a phatlalatsoa ke boraditaba,
masedinyana, sealemoya le tse ding tse phatlalatsang. Phatlalatso ya diketsahalo tsa
tikoloho, sebaka le lefatshe. /bon. Ditaba/ (mm. litaba). Mael. Ho kena ditaba ka
sehlotho: ho ba ditabeng tse sa o ameng ebile o sa mengoa.
Ditebele (di-te-bi-li) /boxing/ Papadi ya ho otlana ka makotofa. Setebele ha se
sebedisoa joalo ka papadi ya ho hlodisana. (bap. Tebela, setebele) (mm. litebele).
Diteboho (di-te-bu-haw) /compliments/ Takaletso ya mahlohonolo, katleho le ntho
tse ntle. (bap. teboho) (mm. liteboho).
Ditolobonya (di-to-lo-bon-ya) /female Basotho musical/ (sheb. Letolobonya bakeng
sa tshebediso).
Ditema (di-te-ma) /Basotho mural decoration/ Mekgabo le mekgabiso ya Basotho e
etsoang matlong a mahaeng ka ho dila, ho neta, ho phara le ho kenya mebala e metle
matlong. Mekgabiso ya ditshoantsho e etsoang ke Basotho matlong a bona. /bon. 0/
Ditemetoane (di-te-me-twa-ni) /tonsils, tonsilitis/ Bokudi bo bakoang ke kokoana
hloko bo ruruhisang mmetso, bo etse hore mmetso o hlolehe ho koenya hantle. Tlh.
Lentsoe lena le sebedisoa le le ka bongateng hangata. (mm. litemetoane).
Ditheohelang (dit-he-u-he-la-ng) /good news/ Hoa ditaba kapa diketsahalo: tse
monate ebile di thabisa haholo. Mael. Tse sa jeseng ditheohelang: ditaba kapa
diketsahalo tse mpe ebile di sa utloise monate. (bap. Mathemalodi).
Dithole (dit-hu-le) /rubbish, garbage/ Tshila ya ntlo e fielehang kapa e fieloang ho
isoa thotobolong. (bap. letlakala, matlakala, lenya). (mm. lithole).
Diyo (di-yaw) (ha diyo) /of many things: not there/ Hoa dintho tse ngata: tse sio
moo di tlamehang ho ba teng; tse sa fumanoeng moo di tshoanelang ho ba teng.
Mohl. Ha diyo moo reneng re di beile teng. Ke mang a itseng ha diyo? Ke di batlile
empa ha diyo ebile ke nahana hore di utsoitsoe. (bap. Bayo, Hoyo, leyo, ayo, diyo,
boyo, seyo, yo).
Dolara (do-la-ra) (to-la-ra) /dollar/ Chelete ya United States ya Amerika eo e
sebedisoang hape ke dinaha tse ding tsa lefatshe. /bon. Didolara, ditolara/ (mm.
tolara).
Duba (du-ba) /mess up/ Ho kopanya dintho. Ho kopakopanya ka tsela e sitisang; ho
isa koana le koana; ho ferekanya maikutlo. Mael. Ho duba thankga: ho kopakopanya
maemo a dintho ka lebaka la pherekano. (mm. luba).
Duba (du-ba) /mix/ Ho isa ka tlase ka hodimo, ka hodimo ka tlase. Ho etsa motsoako
o kopane hantle. (mm. luba).
Dubaduba (du-ba-du-ba) /besmirch/ Phetako ya ho duba. (mm. lubaluba).
Dubakanya (du-ba-kan-ya) /disarrange/ Ho kopanya dintho ka tsela e mpe e
hlokang makgethe. Ho ferekanya ka diketso tse hlokang taolo. (mm. lubakanya).
Dubakanyo (du-ba-kan-yaw) /disarrangement/ Ketso ya ho dubakanya kapa ho
kopanya dintho ka tsela e mpe e hlokang makgethe. Ho ferekanya ka diketso tse
hlokang taolo. (mm. lubakanyo, tubakanyo).
Dubile (du-bi-le) // Bokgale ba ho duba. (mm. lubile).
Dubiloe (du-bi-lwe) // Boetsuwa le bokgale ba ho duba. (mm. lubiloe, dubilwe).
Dubisa (du-bi-sa) /mislead/ Ketsiso ya ho duba. Mohl. Ho dubisa thankga. Mael. Ho
dubisa thankga: ho kopakopanya maikutlo a emong ka ho ferekanya kelello.
Dudisa (du-di-fsa) /stay with/ Ketsiso ya ho dula. (mm. lubisa).
Dudisa (du-di-sa) /detain/ Ho koalla chankaneng hofihlela letsatsi la nyewe kapa la
lekgotla ha le kopana.
79
80
Dudiso (du-dis-aw) /detention/ Ketso ya ho dudisa kapa ho koalla chankaneng
hofihlela letsatsi la nyewe kapa la lekgotla ha le kopana. (mm. lubiso).
Dubisoa (du-bi-swa) // Boetsuwa ba ho dubisa. (mm. lubisoa, dubiswa).
Duka (du-ka) /to impurify water/ Ho tshilafatsa metsi ka ho a kenya tshila kapa ntho
e sa hloekang. Ho etsa hore metsi a be mabe. (bap. Tshilafatsa) (mm. luka).
Dula (du-la) /sit/ Ho beha marao hodima setulo, fatshe kapa ntho. (mm. lula). Mael.
Ho dula sebeteng: ho tena ha bohloko. Mael. Mohaha morithi ha a o dule: ya etsang
botle o lokisetsa babang.
Dula (du-la) /stay/ Ho ba sebakeng se itseng ntle le ho tsamaya. Ho ba sebakeng moo
o ahileng teng kapa moo o tsoaletsoeng teng. Tlh. Lentsoe lena “dula” ke lentsoe la
semelo la Sesotho. Basotho ba dula setulong, ka hoo lentsoe “setulo” hase lentsoe la
seafrokanse “stoel” empa ba le adimile Sesothong ha ba fihla ka mora selemo sa
1652; ha ka nqe nngwe ba na le lebitso la bona la se Dutch le bolelang setulo. Mael.
Ho dula sebeteng: ho tena ha bohloko.
Dulela (du-le-la) /represent, deputise/ Ho etsa mosebetsi wa motho ya sio. Ho ba
moetapele nakoana e itseng ka baka la bosio ba ya tshoereng marapo. Ho etsa
mosebetsi wa moetapele ka baka la bosio ba hae. (bap. emela) (mm. lulela).
Dulesehe (du-li-se-he) /unstable, reckless/ Ho hloka botsitso ka baka la ho kula kapa
boemo bo hlokang monate; ho hloleha ho dula sebakeng seleseng. Mohl. Ka mora ho
joetsoa ditaba tse bohloko, Thabo one a sa dulesehe. Mona ha ho dulesehe ka baka
la mocheso. (mm. lulesehe).
Duma (du-ma) /to make sound/ Ho etsa modumo kapa lerata. Ho hlodia. (mm. luma)
Dumedisa (du-me-di-sa) /greet/ Ho botsa motho ka tsa maphelo ha o kopana le yena
kapa ha o fihla sebakeng sa habo. Ho bua mantsoe a tumediso. (bap. tumediso) (mm.
lumedisa).
Dumedisitse (du-me-di-si-tse) // Bokgale ba ho dumedisa. (mm. lumedisitse).
Dumedisitsoe (du-me-di-sits-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho dumedisa.
Dumedisoa (du-me-si-swa) // Boetsuwa ba ho dumedisa. (mm. lumelisoa).
Dumaela (du-ma-e-la) /groan, murmur/ Ho etsa modumo kapa lerata la motho ya
kulang kapa ya bohlokong bo boholo. (mm. lumaela).
Dumela (du-me-la) /good morning, good day, hi, hellow/ Lentsoe le bontshang ho
ananela motho eo o phelang le yena, moahisane kapa motho ofe kapa ofe, ka ho
mmuisa ha o kopana le yena. /bon. Dumelang/ (bap. Fonaneng) (mm. lumela).
Dumela (du-me-la) /accept, agree/ Ho ananela kapa ho amohela ntho ka tsela eo
eleng ka teng. Ho ananela molato kapa phoso. Ho dumellana le qeto e entsoeng.
Dumela (//) /to have faith, belief/ Ho ba le kananelo ka ho tshepa seo motho a
nahanang hore se tla etsahala. Ho ba le mokgoa o bontshang tshepo ho ntho e itseng
kapa ho ketso e itseng. (bap. Tshepa) (mm. lumela).
Dumelang (du-me-la-ng) /good morning! Good day!/ Lentsoe le bontshang ho
ananela batho bao o phelang le bona joalo ka baahisane kapa batho bafe kapa bafe, ka
ho ba buisa ha o kopana le bona nako efe kapa efe ka puo ya Sesotho. (bap.
Fonaneng).
Dumeleha (du-me-le-ha) /acceptable/ E amohelehang, e ananeloang, e molaong kapa
e ka buang kapa ya etsoa ka tloaelo. (mm. lumeleha).
Dumelehe (du-me-le-he) /unacceptable/ E sa amoheleheng: e sa hlokahaleng kapa e
sa ratoeng. E boemong bo hananang le nepahalo kapa tokafalo. Mohl. Boitshoaro ba
hao ha bo dumelehe mohlankana tooe! Ha ho dumelehe ho sotla bana le basadi.
Dumelehile (du-me-le-hi-le) /permissible/ E ka etsoang hobane taelo ya ho e etsa ho
fanoe ka yona. Bokgale ba ho dumeleha. (mm. lumelehile).
80
81
Dumella (du-mel-la) /give permission/ Ketsetso ya ho dumela kapa ho fana ka taelo
ya ho etsa ketso e itseng ntle le ho hana. (mm. lumella). Mael. Ho dumella pelo: ho
etsa ntho e sa lokang.
Dumellana (du-mel-la-na) /agree amongst, concur/ Ketsetsano ya ho dumella kapa
ho ba ntsoeleng. Ho ba mahata mmoho. Ho utloana ka puo le. (mm. lumellana).
Dumellane (du-mel-la-ni) // Bokgale ba ho dumellana. (mm. lumellane).
Dumellane (du-mel-la-ne) /disagreeing, incompatible/ Tse sa etseng qeto e
tshoanang; e hanyetsanang le se buuwang kapa sephetho se nkuwang; e hananang le
se batloang.
Dumelletsoe (du-mel-lets-we) /authorised, permitted/ Boetsuwa le bokgale ba ho
dumella. (mm. lumelletsoe, dumelletswe).
Dumelloa (du-mel-lwa) /given permission/ Boetsuwa ba ho dumella. (mm.
lumelloa).
Dumisa (du-mi-sa) /cause sound/ Ketsiso ya ho duma. (mm. lumisa).
Dumisetsa (du-mi-sets-a) // Ketsetso ya ho dumisa kapa ho duma. (mm. lumisetsa).
Dumisoa (du-mi-swa) // Boetsuwa ba ho duma. (mm. lumisoa, dumiswa).
Dupa (du-pa) /diagnose/ Ho thola, fumana kapa ho bona bohloko bo tshoereng motho
kapa ntho e kulang. Ho tseba kapa ho akanya se tla etsahala. (bap. modupa, tupo)
Dupella (du-pel-la) // Ketsetso ya ho dupa. (mm. lupella).
Dusa (du-sa) /to show labour signs/ Ho ba le sesupo sa phoofolo e tshehadi hore e ka
tsoala neng kapa neng; ho ba boemong ba ho bontsha, hoa haholo phoofolo kapa
motho e motshehadi, hore peleho ya lesea kapa namane e ka ba neng kapa. (mm. lusa)
Dutla (du-tla) /leak/ Ho tsoa metsi ka baka la lesoba kapa mokoti nthong e itseng. Ho
tsoa metsi lesobeng. (mm. lutla).
Dutlile (du-tli-le) // Bokgale ba ho dutla. (mm. lutlile).
Dutlisa (du-tli-sa) / to cause to leak/ Ketsiso ya ho dutla. (mm. lutlisa).
Dutlisoa (du-tli-swa) // Boetsuwa ba ho dutla. (mm. lutlisoa, dutliswa).
81
82
Eee
PALE:
Tlhaku ya bohlano (5) ya Sesotho. Yona e tshoere mahokahanyi, maetsi, diemelo,
mareho le tse ding ka ho lekana. Leetsi le qalang ka “E” hangata le fetohela ho “K”
ha eba lereho/lebitso. Mohlala: ema=kemo, ebola=kebolo, edibanya=kedibanyo,
elahloko=kelohloko, enta=kento, eka=keko, eketsa=keketso, eketseha=keketseho,
etsisa=ketsiso, etsetsana=ketsetsano, jwalo jwalo.
E (e) /ee/.
E (e) /objective concord/.
E (i) /is/ Mohl. e ntle, e bohale.
E (e) /this one/ Lesupa le bontshang ntho efe kapa efe e le ka bonngweng, e haufi.
E (e) /that which/ Mohl. E bonahalang e le ntle haholo. E ratang ho loana ka
lebaka le sio. E fapaneng le tseding.
E (e) // Tlhaku e bakang hore amang a maetsi a puo ya Sesotho a fetohele ho
malatodi ha e kenyeletsoa qetellong ya leetsi. Mohl. Tshaba=tshabe, matha=mathe,
nahana=nahane, bona=bone, utloa=utloe, utsoa=utsoe, natha=nathe, thola=thole, jj.
Sena se bolela hore ha ho thoe motho o wa “nahana”, ha ho tshoane le ha ho thoe ha
a “nahane”. Moelelo o fapana haholo ka lebaka la tlhaku “E” e qetellong ya lentsoe.
Ea (ya) /of/ Seemedi se bontshang thuo ka ho supa seo eleng sa motho kapa ntho e
itseng. Mohl. Ea ntate. Ea hao. Ea ka. (mm. Ya).
Eaba (ya-ba) /henceforth, and then/ Ho tloha moo; ka mora moo. (mm. Yaba).
Eabo (ya-baw) /his, hers/ Seemedi se emelang mmuuwa kapa se bontshang thuo ya
motho emong ntle le mmuwi. Ntho eo eleng ya mmuuwa. (bap. tsabo) (mm. Yabo).
Eaka (ya-ka) /my, mine/ Seemedi se bontshang thuo e mabapi le mmuwi ntle le
motho e mong kapa mmuuwa. Ntho eo eleng ya mmuwi kapa moetsi. (mm. yaka).
Eba (e-ba) /dwidle, decline, fade, diminish/ Ho fokotseha hoa boemo bo boholo;
ho fela ka ho ya tlase; ho felloa ke sekgahla sa ho etsa ketso; ho fokotseha hoa
ketsahalo e itseng. Mohl. Ekare bokudi ba hae bo a eba. O bonahala a phetse hantle
ka mora ho eba hoa lehlaba. (bap. kokobela). Tlh. Lentsoe lena, “eba” le batlile le
tshoana le la senyesemane, “to ebb” le ha lona e se sothofatso ya ho eba.
Eba (i-ba) /be, have/ Mohl. Eba le mohau hle ngoaneso. Eba o tla kgutla neng? Eba
re tla mo fumana tje? Eba le maikemisetso ha o batla ho atleha.
Ebaeba (eba-eba) // Ho leketla hoa makala a ditholoana ka baka la ho beha hoa
sefate; ho leketla hoa lekala ka baka la boima ba ditholoana sefateng. Ho imeloa ke
peho ya ditholoana. (mm. Kebokebo).
Ebang (e-ba-ng) /if/ Ka lebaka la, ho tla etsahala se itseng kapa sena.
Ebanyaneng (e-ban-ya-ning) /if by then/ Ka lebaka la; ho tla etsahala se.
Ebe (i-be) /so that, thereafter/ Ka mora moo; ho latele. Ho tloha moo. Mohl. O
tlameha o qale ka ho hlapa ebe o wa ja. O lokeloa ke ho ja pele ebe o wa tsamaya.
82
83
Ebe (e-be) /interrogative pronoun: are you? Is it?/ Lebotsa le batlang ho tseba se
tlang ho etsahala kapa se etsahetseng. Mohl. Ebe u tla khutla? Ebe bohle ba teng?
Ebe see o se buisoa ke eng? Ebe thato ya hae e tla phethahala tje?
Ebile (e-bi-le) /consequently, and, moreso/ Hofeta moo; hodima moo; hape ho le
ka tsela e itseng. (bap. Lejoale, abile). Tem. Mantsoe “abile” mmoho le “ebile” a na
le phapang e kgolo ka meelelo.
Ebileng (e-bi-le-ng) /consequently/ Hofeta moo; hodima moo.
Ebola (e-bo-la) /to peel/ Ho ntsha kapa ho tlosa lekgapetla: ho ntsha bokahodimo ba
tholoana; ho tlosa se aparetseng bokantle ba tholoana kapa sejalo se nang le
bokantle. (bap qaqapolotsa).
Ebolaka (e-bu-la-ka) /to peel repeatly/ Phetako ya ho ebola kapa ho ntsha kapa ho
tlosa lekgapetla kgafetsa. Ho ebola hangata ka potlako.
Ebolela (e-bu-le-la) /to peel for/ Ketsetso ya ho ebola. Ho ebola bakeng sa.
Eboleloa (e-bu-le-lwa) // Boetsuwa ba ho ebolela.
Eboloa (e-bu-lwa) // Boetsuwa ba ho ebola.
Ebotse (e-bu-tse) // Bokgale ba ho ebola.
Ebotsoe (e-buts-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho ebola.
Echo (i-chaw) /say it/ Ho bolela se batloang; ho bua se lebeletsoeng kapa seo eleng
sona se batlahalang. (bap. Bua).
Edile (e-di-le) // Bokgale ba ho ela. (bap. Edisa).
Edimola (edi-mu-la) /yawn/ Ho ahlamisa molomo ka baka la tlala, mokgathala kapa
boroko. Ketsahalo ya ho ahlamisa molomo ntle le ho o ahlamisa ka bowena. Boemo
ba tlholeho bo bakoang ke phepelo ya moya. (bap. ahlama).
Edimoloha (edi-mu-lu-ha) /to yawn/ Ho ahlamisa molomo ka baka la tlala,
mokgathala kapa boroko. Ketsahalo ya ho ahlama hoa molomo ntle le ho o
ahlamisoa ke moetsi. Puleho ya lehano e etsahalang ka boyona. (bap. ahlama) .
Edimoloho (edi-mu-lu-haw) /yawning/ Boemo ba ho edimoloha: Puleho ya lehano
e etsahalang ka boyona. Boemo ba tlholeho bo bakoang ke phepelo ya moya. (bap.
kedimoloho).
Edisa (e-di-sa) // Ketsiso ya ho ela. Mael. Ho edisa sefahleho: ho botsha lethabo ka
ho kganya hoa tshobotsi; ho bontsha nyakallo ka ho phuthulla sefahleho.
Ee (ye) /yes/ Lentsoe le bontshang ho dumela se buuwang kapa se hlalosoang;
lentsoe le bontshang ho dumellana le polelo ya mmuwi kapa taelo ya mmui.
E-e (air-air) /no, no/ Lentsoe le bontshang ho hanyetsana le se buuwang kapa se
hlalosoang; lentsoe le bontshang ho se dumellane le se etsahalang kapa se buuwang
ke mmui. (bap. Che, che bo).
Eena (ye-na) /him, she/ Seemedi se sebedisoang bakeng sa motho e motshehadi
kapa e motona. (bap. yena). Mohl. Eena o tsamaua le bona. Rona re tsamaya le
eena. Eena le nna rea utloana.
Eeng (ye-ng) (yeng) /lets go/ Lentsoe le sebedisoang ke mmuwi ho laela kapa ho
kopa babuwiswa ho tsamaya kapa ho tloha sebakeng ho ya ho seseng ka bongata.
Mohl. Ha re eeng hle banna nako e tsamaile. Re kopa hore re eeng bohle. Ho itsoe
lona le eeng ka ho panya hoa leihlo. (sheb. yeng bakeng sa tshebediso).
Efe (e-fe) /which one/ Lebotsa kapa lentsoe le sebedisoang ho batla karabo ka ho
qolla ntho hara tse ding. /bon. Dife/.
Efela (e-fe-la) (efeela) /indeed/ Lentsoe le netefatsang se boleloang kapa ketsahalo e
etsahalang.
Efeng (e-fi-ng) /which one/ Lebotsa le qollang ka ho botsa ho batla karabo ho
enngwe ya ntho tse boletsoeng. /bon. Difeng/.
83
84
Ehee (e-he-e) /exclamation: thus it! of course yes!/ Lekgotsa le bontshang
kananelo ya nepahalo ya ketsahalo. Lentsoe le netefatsang nepo ya ketso.
Eisa (e-i-sa) /to outcast/ Ho nyenyefatsa ka dipuo le diketso kapa ho nyefola motho
ka lebaka la boemo ba hae bo tlase. Ho nkela motho fatshe ka baka la boemo ba hae
bo fatshe kapa diketso tsa hae tse itseng.
Eiseha (e-i-se-ha) // Ketsahalo ya ho isa kapa ho se ratoe ke batho kapa ntho tse
itseng ka baka la seemo se itseng. (bap. keiseho).
Eisitse (ei-si-tse) // Bokgale ba ho eisa.
Eisitsoe (ei-sits-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho eisoa.
Eisoa (ei-swa) // Boetsuwa ba ho eisa. (mm. Eiswa) .
Eitse (e-i-tse) /when he/she/it, after he/she/it/ Lentsoe le bontshang ketsahalo ka
mora ketso e itseng. Boemo bo etsahetseng ka mora ketsahalo e itseng. Mohl. Eitse
hobane a tsamaye, ba sala ba bua ka yena.
Eiye (e-i-ye) /onion leaf/ Lehaba la ananyese le sebedisoang joalo ka senoko se
natefisang dijo kapa ho etsa kgodu e monate motsoakong wa dijo tse phehiloeng;
lehaba la semela sa ananyese. /bon. dieiye/ (bap. ananyese).
Eka (e-ka) /betray/ Ho isa motho boemong bo bobe ka ho mo qhekanyetsa kapa ho
mo phelekanyetsa. Ho etsa hore motho a hlaheloe ke tsietsi ka baka la diketso tsa
moetsi, tse mpe. Ho lahlehisa motho emong ka ho mo kenya kotsing. (bap. rekisa).
Eka (ik-a) /as if/ Lentsoe le akanyang ketsahalo ya dintho kapa boemo ba ketso.
Ekaba (i-ka-ba) /if possible, may you, can be/ Lentsoe le sebedisoang ho botsa ka
boikokobetso ka sepheo sa ho kopa ntho e itseng. Monyetla wa hore se itseng se ka
etsahala kapa sa bolela ntho e itseng. Mohl. Ekaba o mosadi kapa monna?Ekaba o
tla ja hona joale kapa ka phirimana? Ha ho tsotelehe hore ekaba moruti kapa tsotsi
empa re batla nnete.
Ekaka (i-ka-ka) /it seems, seemingly/ Lentsoe le supang ketsahalo e makgatheng a
ho etsahala kapa e kannang ya etsahala ho tloha hona joale. Ho akanya ketsahalo ya
dintho kapa boemo ba ketso ntle le bonnete bo felletseng.
Ekana (e-ka-na) /betray each other/ Ketsetsano ya ho eka: ho isa motho boemong
bo bobe mme le yena a etse ya mo entseng ketso e joalo ka ho mo qhekanyetsa kapa
ho mo phelekanyetsa. Ho baka boemo ba ho eka pakeng tsa batho ba babedi kapa ba
fetang moo.
Ekang (i-ka-ng) /as if/ Ponahalo ya ketsahalo e batlang ho etsahala ka ho akanya
kapa ho nahana ntle le ho tseba.
Ekare (i-ka-ri) /looks like/ Kakanyo ya ho lebella ketsahalo e itseng pele e etsahala
kapa ntle le ho tseba. Mohl. Ekare pula e tla na kajeno.
Ekareng (i-ka-ri-ng) /as if is/ Kakanyo ya ho lebella ketsahalo e itseng pele e
etsahala kapa ntle le ho tseba. Mohl. Ke eng ekareng o wa re tella tje monna!
Eke (e-ke) /thus it!/ Lentsoe le sebedisoang ho nepahatsa seo ho buuwang ka sona
ka ho dumellana le sona ka ho kgotsa. Mohl. Eke! O nepile! Eke! O tla hantle.
Ekeditse (e-ke-di-tse) // Bokgale ba ho eketsa.
Ekeditsoe (e-ke-dits-we) // Bokgale le boetsuwa ba ho eketsa
Ekee (e-kee) /exclamation: thus it! of course yes!/ Lekgotsa le netefatsang bonnete
ba puo kapa ketsahalo e itseng. (bap. ehee).
Ekeke (e-ke-ke) /it will never/ Lentsoe le bontshang hore motho, ntho, ketso kapa
ketsahalo e itseng etla hloleha ho phethahala. (bap. nkeke, nkekebe).
Eketsa (e-ke-tsa) /increase/ Ho etsa hore ntho kapa dintho di be ngata. Ho phaella
ho seo se seng se le teng. Ho ngatafatsa ho tse teng.
84
85
Eketsana (e-ke-tsa-na) /to multiply (of leaving things) / Ketsetsano ya ho eketsa:
ho etsa hore ntho kapa dintho di be ngata. Ho phaella ho seo se seng se le teng; ho
ngatafatsa kapa ho atisa ho tse teng. (bap. atisana).
Eketsang (e-ke-tsa-ng) Bongata kapa taelo ya ho eketsa.
Eketseha (e-ke-tse-ha) /to increase/ Ketsahalo ya ho eketsa.
Eketsoa (e-kets-wa) // Boetsuwa ba ho eketsa.
Eksoda (ek-so-da) /Exodus/ Buka ya bibele ya bobedi testamenteng ya kgale e
lateloang ke buka ya Genese. Tem. Tlhaloso ya lentsoe kapa lebitso lena, “exodus”
ka Sesotho e bolela phallo e kgolo ya batho ba bangata ho tloha sebakeng seseng ho
ya ho seseng. Sena se bolela hore ho ka sebedisoa lentsoe la Sesotho, “phallo” kapa
“bofalli” bakeng sa lebitso, “eksoda”. (bap. genese).
Ela (e-la) /that one/ Lesupi kapa lentsoe le bontshang ntho e hojana, e le nngwe
kapa e ka bonngweng.
Ela (e-la) /clear, brighten, lighten/ Hoa boemo kapa sefahleho: ho hlaka kapa ho
botsha ponahalo e hlakileng.
Ela (e-la) /go for/ Ketsetso ya ho ya: ho ya sebakeng sa.
Ela (e-la) /be cautious/ Ho bontsha motho kapa ntho hore e hlokomele ketso kapa
ketsahalo ya bohlokoa kapa kotsi e ka etsahalang. (bap. hlokomela) Mohl. Elahloko
hore o se etse phoso e tshoanang le ya ntatao.
Elahloko (e-lwa-hlaw-kaw) /be cautious, meticulous/ Ho ba hlokolosi kapa ho ba
malala a laotsoe bakeng sa ketsahalo e itseng. Ho sheba ka leihlo le nchocho kapa ho
sebedisa boko ketsong e itseng. Tem. Le ha lentsoe lena, “elahloko” le bonahala le
ho utloahala joalo ka mantsoe a mabedi, ho molemo ho le sebedisa leleleng ho qoba
pherekano ya lentsoe, “ela”. (bap. kelohloko).
Ele (e-le) /that one over there/ Lesupa le bontshang ntho e hojana. Tem. Lentsoe
lena, “ele” le sebedisoa le kopane ha e le lesupa feela.
Ele (i-le) /when it is/ Ha se itseng se le ka tsela e hlalosoang ka tsela e fapaneng; ka
tsela enngwe. Tlh. Lentsoe lena, “ele” le ka sebedisoa ka tsela tse pedi: le arohantsoe
joalo ka, “e le” kapa le sa arohanyoa joalo ka “ele” ntle le ho sebedisoa joalo ka
lesupa. Mohl. Ha ele nna le wena re tla bua Sesotho. Ha ele nngwe e lokile. Ebang
ele tshehadi ke ya e batla.
Ele (i-le) // Mohl. Lebaka ele ho etsa kgang. Ho ne ho se lebaka la ho rohakana,
empa e ne ele ho tella feela.
Eleditse (e-le-di-tse) // Bokgale ba ho eletsa.
Eleditsoe (e-le-dits-we) // Bokgale le boetsuwa ba ho eletsa.
Elehloko (e-le-hlo-ko) /realize, be cautious/ Ho elelloa ka ho bona phapang; ho
hlokomela ka ho bona ka ho etsa kakanyo e nepahetseng. Mohl. O elehloko hore
mantsoe amang a Sesotho ke setlamo hore a kopangoe. Ke tlamehile hore ke
elehloko ka tshebediso ya mantsoe a puo.
Elelloa (e-lel-lwa) /realise, aware of/ Ho hlokomela ketsahalo kapa ketso e itseng
ka mahlo, kutlo kapa kelello. (bap. kelello).
Eleng (i-le-ng) /that which is/ Ka tsela e itseng ha e hlalosoa ka ho e fapanya le tse
ding; ka mokgoa o itseng ka tlhaloso enngwe. (bap. ele). Mohl. Re bua ka qoabi
eleng ngoanabo mosia. Re dula Mashaeng eleng Fouriesburg ka puo ya Seburu.
Eletsa (e-le-tsa) /advice, admonish, reprove/ Ho fana ka keletso kapa maele ho
motho bakeng sa ho mo thibela ho etsa phoso kapa sebe. Ho fana ka maele kapa
bohlale ka ho bua kapa ho omonya. (bap. kgaruma, laya).
Eletsana (e-le-tsa-na) // Ketsetsano ya ho eletsa.
85
86
Eletsang (e-le-tsa-ng) /advisory/ Eo mosebetsi kapa sepheo sa hae eleng ho fana ka
keletso, tharollo kapa bohlale.
Eletsoa (e-lets-wa) // Boetsuwa ba ho eletsa.
Eloa (e-lwa) /that one over there/ Lesupa kapa lentsoe le bontshang motho ya
hojana kapa hole.
Eloahloko (elwa-hlaw-kaw) (eloa-hloko) /noticed/ Boetsuwa ba ho elahloko.
Eloi (e-lo-i) /elohim/ Lebitso le bolelang hore Modimo waka o ntahletseng na?
Ema (e-ma) /stand up!/ Ho tloha fatshe moo ho dutsoeng ka sepheo sa ho hata ka
maoto fatshe. Ho phahamisa mmele o dutseng. Ho otlolla sebopeho sa mmele ka ho
beha maoto fatshe. Mael. Ho ema ka ditshetshekoane: ho ba le mmele o motle, o
otlolohileng, o molelele hantle. Mael. Ho ema le monna wa mateneng: hoba
mathateng a maholo; ho tsieleha; ho se kgone ho rarolla mathata; ho thatafalloa.
Ema (e-ma) /stop!/ Ho laela ntho kapa motho hore a se tsamaye kapa a se buwe; ho
etsa hore motsamao wa ntho e tsamayang o se tsoele pele.
Emang (e-ma-ng) // Bongata kapa taelo ya ho ema.
Emara (e-ma-ra) /conceive, to be pregnant/ Ho ba le ngoana, lekgabunyane kapa
bophelo ba sebupuwa ka popelong. (bap. ima).
Emarisa (e-ma-ri-sa) /impregnate/ Ho etsa hore motho kapa phoofolo e be le
ngoana, lekgabunyane kapa bophelo ba sebupuwa popelong. (bap. ima).
Emela (e-me-la) /wait for/ Ketsetso ya ho ema. Ho ema hofihlela motho kapa se
emetsoeng se fihla.
Emela (e-me-la) /represent/ Ho etsa mosebetsi wa motho ya sio. Ho ba moetapele
nakoana e itseng ka baka la bosio ba ya tshoereng marapo. Ho etsa mosebetsi wa
moetapele ka baka la bosio ba hae. (bap. dulela).
Emella (e-mel-la) /torture/ Ho bua mantsoe a bohloko ho motho kgafetsa; ho etsa
diketso tse mpe nako e telele hofihlela motho kapa ntho e utloa bohloko. Mohl.
Motho a tla re emella! Ke enoa monna o emella mosadi ka mantsoe a tshabehang.
Emellaka (e-mel-la-ka) // Ketsisiso kapa phetako ya ho emella.
Emelletse (e-mel-le-tse) // Bokgale ba ho emella.
Emelletsoe (e-mel-lets-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho emella.
Emelloa (e-mel-lwa) // Boetsuwa ba ho emella.
Emeloa (e-me-lwa) // Boetsuwa ba ho emela.
Emere (e-me-re) /bucket/ Lekotikoti le sebedisoang ho tshela metsi; setshelo se
sebedisoang bakeng sa ho beha metsi. Sesebedisoa se sebedisoang ho tshela metsi sa
tshepe kapa polasetiki. /bon. diemere/.
Emetsoe (e-mets-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho emeloa.
Emisa (e-mi-sa) /to halt, to stop/ Ho etsa hore ntho kapa motho a eme, a se
tsitsinyehe kapa a se tsamaye. Ho ema ntle le ho tsamaya.
Emisana (e-mi-sa-na) // Ketsetsano ya ho emisa.
Emola (e-mu-la) /conceive, to give birth/ Ho tsoala kapa ho ba le ngoana,
lekgabunyane kapa ledinyane popelong ka mora kemaro. Ho beleha ngoana ka mora
ho emara. (bap. tsoala).
Emong (e-mu-ng) /another one, other one/ Seemedi se supang kapa se bontshang
motho ka ho mo qolla ho ba bang. /bon. Babang/ Mael. Ho aha ka tshiba tsa
emong: ho sebedisa bohlale, leano, leqheka kapa kakanyo ya motho emong ho
phethahatsa morero wa hao. /bon. babang/.
Empa (im-pa) /but/ Le ha ho le joalo ka tsela e itseng; ka tsela e fapaneng le eo
emong a e hlalosang ka teng. Mohl. Empa nna ha ke dumellane le wena. O bonahala
86
87
a kula le ha empa a kgona ho tsamaya. Empa nna ha ke riatso. Ka palo e fetang
bonne empa e le ka tlase ho tshelela. (bap. mpa ka).
Empa (im-pa) /while, whilst/ Ha ka lehlakoreng leleng ho le ka tsela e fapaneng le
eo ho buuwang ka yona. Mohl. Orata ho bua puo ya senyesemane le ha empa a
badile Sesotho haholo.
Ena (e-na) /this one/ Lesupa le bontshang ntho e haufinyane. (bap. yane).
Enana (e-na-na) /this one here/ Lesupa le bontshang ntho e haufi e le ka
bonngweng kapa e le nngwe ka ho toboketsa. (bap. bane).
Ene (in-ne) /was/ Lentsoe le bontshang bokgale ba seo ho buuwang ka sona. Mohl.
Morena Moshoeshoe ene ele motho ya mosa haholo. Ene ele mang ya tsebang hore
naha ya Lesotho e ka thola boipuso?
Eng (e-ng) /what!/ Lebotsi kapa lentsoe le botsang ka ho batla karabo ka tsela e
hlokang tlhompho. Lebotsa la tello kapa la ho halefa.
Eng-kapa-eng (ing-ka-pa-ing) /anything/ Ho hong le hohong ho teng, hoo ho
buuwang ka hona, ho fumanehang kapa ho tholahalang. (bap. neng-kapa-neng)
Eng-le-eng (ing-le-ing) /anything/ Ho hong le hohong ho teng, hoo ho buuwang ka
hona, ho fumanehang kapa ho tholahalang. (bap. neng-kapa-neng).
Eno (e-nu) /that one/ Lesupa kapa lentsoe le bontshang kapa ho supa motho kapa
ntho e hojana (bap. enono).
Enngwe (en-ng-we) (enngoe) /another one/ Lentsoe le bontshang ntho ka ho e qolla
ho tse ding tse ngata. /bon. tseding/. (bap. emong, seseng, leleng).
Enoa (e-nwa) (enwa) /this person/ Lesupi kapa lentsoe le bontshang kapa supang
motho ya haufinyane haholo.
Enoa (in-wa) /drink/ Taelo ya ho noa. Ho bolella mmuiswa ho koenya metsi kapa
lero.
Enono (e-nu-nu) /exactly that one/ Lesupi kapa lentsoe le bontshang kapa ho supa
motho kapa ntho e hojana ka ho toboketsa. (bap. eno).
Enta (ent-a) /immunise, inject, inoculate/ Ho hlaba ka nale kapa nalete ka sepheo
sa ho fedisa mafu kapa lefu le itseng. (bap. kento).
Ente (en-te) /injection, syringe, needle/ Sesebedisoa se jarang moriana o itseng, se
sebedisoang ho hlaba mokudi kapa motho ya nang le bohloko bo itseng. Sesebedisoa
se thusang ho enta mokudi ka sepheo sa pheko kapa motho ya batlang ho kenya
sethethefatsi mmeleng. /bon. Diente/.
Entse (en-tse) /did, done/ Bokgale ba ho etsa. (bap. etsa).
Entsoe (ents-we) /done/ Bokgale le boetsuwa ba ho etsa. (bap. etsahatsa).
Eo (e-o) /that person/ Lesupi kapa lentsoe le bontshang kapa le supang motho ka ho
bontsha tello kapa ho se hlomphe
Eohle (yo-hle) /whole/ Lentsoe le bontshang kakaretso ya ntho ka botlalo ba yona.
Eona (yaw-na) /it (anything)/ Seemedi se bontshang ntho kapa se sebedisoang
bakeng sa lebitso la ntho e itseng ntle le ho le bitsa.
Epa (ep-a) /dig/ Ho etsa mokoti; ho cheka mobung ka sepheo sa ho etsa mokoti kapa
ho bula fatshe.
Epela (ep-el-a) /bury/ Ho kenya tlasa mobu. Ho kenya mofu tlasa mobu ka lekese
kapa ntle le lona. Ho pata tlasa mobu. Ketsetso ya ho epa.
Episa (ep-is-a) /to cause to dig/ Ketsiso ya ho epa.
Episoa (e-pi-swa) // Boetsuwa ba ho epa kapa ho episa.
Epolla (epul-la) /exhume/ Ketsollo ya ho etsa mokoti; ho cheka mobung ka sepheo
sa ho ntsha se ka tlasa mobu kapa se epetsoeng.
87
88
Esaia (e-sa-ya) /Isaiah/ Buka ya bibele ya mashome a mabedi le metso e meraro ka
mora buka ya Sefela sa difela. Tem. Isaia ke moprofeta ya phetseng dilemong tsa bo
740, Jerusalema, pele ho tlhaho ya Morena Jesu, mme a ruta dilemo tse mashome a
mane nakong tseo.
Erekisi (e-re-ki-si) /pea/ Mofuta wa semela seka nawa, se polokoe, se setala se
hlahang ka nako tse ngata tsa selemo. (bap. nawa).
Esale (e-sa-li) /ever since/ Ho tloha nakong e itseng e sa boleloeng; kgale ho tloha
nako e fetileng.
Esdrase (es-dra-se) /Ezra/ Buka ya bibele ya leshome le metso e mehlano kamora
dikoronike.
Ese (e-si) /not/ Lentsoe le sebedisoang ho hanyetsa kapa le sebedisoang joalo ka
lelatodi kapa lefetodi. Mohl. Ke batla joala ese lebese. O bua ka molomo, ese nko.
Esebeng (e-se-be-ng) /only to find that/ Lentsoe le sebedisoang hore ha ntho kapa
ketsahalo e itseng e sa etsoe ho tla etsahala se itseng. Mohl. O tlameha ho rapela ka
nako tsohle esebeng wa keneloa ke satane.
Esekiele (ese-ki-ele) /Ezekiel/ Buka ya bibele ya bomasheme a mabedi le metso e
mehlano (25) testamenteng ya kgale.
Esele (i-si-li) /different one/ Enngwe ntle le e lebeletsoeng. E fapaneng le e
batloang kapa e lebeletsoeng. Seqolli se hlakisang ntho eo ho buuwang ka yona ka
ho kgetholla hara tse ding.
Esele (e-se-le) /donkey, an ass/ Mofuta wa phoofolo ya hae e thokoa kapa thokoana
ya sebopeho sa pitsi empa yona e le nyane. Seruuwa, seka pitsi, se se thokoa kapa se
se sootho ka mmala, empa se le kgutshoanyane hofeta pitsi; se sebedisoang bakeng
sa ho belesa meroalo e boima. (bap. pokola, tonki).
Esemesa (e-se-me-sa) /to SMS, message by cellular phone/ Ho romella molaetsa
ka fonofono ya letheka; ho romella puo kapa tsebiso ka fonofono ya lethaka; ho
ngola molaetsa o fitisoang ka fonofono ya letheka. Tlh. Lentsoe kapa ditlhaku tsena
ke tsa sejoalejoale tse tsamaisanang le theknoloji ya kajeno.
Esemeso (e-se-me-saw) /SMSing/ Ketso ya ho esemesa: ho romella puo kapa
tsebiso ka fonofono ya lethaka; ho ngola molaetsa o fitisoang ka fonofono ya
letheka. /bon. Di-esemese/.
Eseng (I-si-ng) /not that/ Lentsoe le sebedisoang ho bontsha khanyetso mabapi le
ketsahalo kapa boemo bo itseng: lehanyetsi. Lentsoe le sebedisoang ho hanyetsa
kapa le sebedisoang joalo ka lelatodi. Mohl. Re itse re batla joala, eseng lebese.
Rona re ja dihoapa le mantatana, eseng pere. Seo eseng Sesotho se a utloahala. Seo
se seng teng ha re bue ka sona hona joale.
Esere (e-se-re) /maybe not/ Ka mohlomong; ka tsela enngwe. Mohl. O tlameha ho
dula o le malala a laotsoe esere dira tsa fihla o robetse.
Esita (e-si-ta) /even/ Le ha ho le joalo; le ka tsela e tshoanang le ya. Mohl. Ke re
bohle ha re a loka esita le mopapa.
Esitana (e-si-ta) /even/ Le ha ho le joalo; le ka tsela e tshoanang le ya. Mohl. Bohle
ha re a loka esitana le moruti wa heno.
Eso (e-saw) /mine: of a thing/ Seemedi se bontshang hore thuo ke ya mmuwi kapa
ya bo mmuwi.
Eso (e-saw) /not yet/ Lentsoe le sebedisoang ho hanyetsana le ketsahalo kapa boemo
bo sa phethahalang ka ho hanyetsana le bona. Mohl. Ha re batle eso holeng. Re
batla eso tshilafatsoeng. Eso lokeng yona e ka kgutlela ho monga yona.
Esong (e-saw) /not yet/ Lentsoe le sebedisoang ho hanyetsana le ketsahalo kapa
boemo bo sa phethahalang ka ho hanyetsana le bona ka ho toboketsa. Mohl. Ha re
88
89
batle esong ho hole. Re batla esong ho tshilafatsoe. Esong ho loke yona e ka
kgutlela ho monga yona. Esong ho fihle hona joale e kgutlele morao.
Esthere (ese-the-re) /Esther/ Buka ya bibele ya leshome lemetso e supileng (17)
testamenteng ya kgale.
Eta (e-ta) /visit/ Ho ya sebakeng se itseng. Ho chaka.
Etela (e-te-la) /to visit/ Ketsetso ya ho eta.
Etella (e-tel-la) /precede/ Ho ba ka pele kapa wa pele ho etsa ketso e itseng; ho ba
boemong ba ho ba pulamadiboho ka mokgoa o itseng; ho ba moetapela wa boemo.
Eteloa (e-te-lwa) // Boetsuwa ba ho etela.
Etetse (e-te-tse) // Bokgale ba ho eta.
Etetsoe (e-tets-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho etela.
Etile (e-ti-le) // Bokgale ba ho eta.
Etla (e-tla) /it will, shall/ Lentsoe le bontshang ketsahalo e etsahalang nako e tlang
kapa kamoso. (bap. otla). Mohl. Etla bonahala hosane. Re utloile hore etla hosane.
Etla (e-tla) /come/ Ho etsa hore ntho kapa motho a atamele haufi. Ho laela
mmuiswa hore a atamele ke mmuwi.
Etlang (e-tla-ng) /come all) Bongata kapa taelo ya ho tla: ho bolella bongata ba
batho ho atamela haufinyane. /bap. tlong/.
Etlare (e-tla-re) /when, thereafter/ Ka mora ketsahalo e itseng; ho tloha moo kapa
ka mora moo. Mohl. Etlare ha le bona maru a mangata, ebe le tla hae.
Etlere (e-tle-ri) /while/ Nakong eo ho ntseng ho etsahala se itseng. Mohl. Etlere ha
o ntse o bala buka ena. Etlere ha o ntse o bua, o se lebale ho pheha.
Etlo (e-tlo) /come, come on/ Ho etsa hore ntho kapa motho a atamele haufi. Ho laela
mmuiswa hore a atamele ke mmuwi. Mohl. Etlo koano wena ngoanana tooe!
Etlong (e-tlo-ng) /come all/ Bongata kapa taelo ya ho tla; ho bolella bongata ba
batho ho atamela haufinyane. /bap. etlang/. Mohl. Etlong bohle monyako o butsoe.
Etsa (ets-a) /do/ Ho bopa ketso, ntho kapa ho sebetsa ka tebello le sepheo sa ho
fumana se itseng. Ho fetola boemo ka ho bua kapa ho sebetsa; ho bontsha ketsahalo
ka dipuo kapa ka mosebetsi.
Etsahala (etsa-ha-la) /happen/ Ho hlaha hoa boemo bo hohelang mahlo. Ho hlaha
hoa ketso e sa lebelloang kapa e lebelletsoeng. Boemo ba se nkang sebaka kapa se
tsoelang pele.
Etsahalang (etsa-ha-la-ng) /what is happening?/ Se itshetlehileng hodima
ketsahalo; se bonoang ke mmohi kapa babohi ka mahlo a bona ha se tsoela pele kapa
se etsahala. Mohl. Keng se etsahalang mo? Ho etsahalang mona lapeng.
Etsahatsa (etsa-ha-tsa) /implement, fulfilment/ Ho etsa hore ntho e itseng e
bonahale ka ho nka mohato kapa ho sebetsa. Ho phethahatsa se lebeletsoeng.
Etsahetse (e-tsa-he-tse) /happened, implemented/ Bokgale ba ho etsahatsa.
Etseditse (etse-di-tse) /did for/ Bokgele ba ho etsetsa kapa etsa.
Etseditsoe (etse-dits-we) /done for/ Boetsuwa le bokgale ba ho etsetsa.
Etseletsa (etse-le-tsa) /accuse falsely/ Ho buela wa heno leshano. Ho bua leshano ka
motho emong hose joalo.
Etsetsa (etse-tsa) /do for/ Ketsetso ya ho etsa; ho etsa ketso e itseng bakeng sa
motho kapa ntho enngwe.
Etsoa (ets-wa) /done/ Boetsuwa ba ho etsa. (bap. entsoe). (mm. etswa, entswe).
Etsoe (ets-we) (etswe) /moreover/ Ho tloha moo; ntle le moo; hofeta moo; ka tsela
eo; ka hofeta ka moo ho boleloang kapa ho hlalosoang kateng.
Etsolla (etsul-la) /undo/ Ho etsa ketso kapa boemo bo kgutlele maemong a sona a
pele kapa setloaeding.
89
90
Etsuwa (ets-u-wa) (etsuoa) /being done/ Boemo ba ho etsa nakong ya honajoale
kapa kamoso . (bap. Etsoa, entsoe). Mohl. Ena yona e tla etsuwa hona joale kapa
hosane. E tla etsuwa neng? E tla etsuwa hosane.
Etsuwe (ets-u-we) (etsuoe) /done/ Boetsuwa ba ho etsa.
Eu (e-u) /exclamation: is that so!/ Lekgotsa le bontshang ho makatsoa ke taba kapa
ketsahalo e boleloang.
Ewa (e-wa) (eoa) /collapse, fall/ Ho ya fatshe ka lebaka la ho diwa ke ntho e itseng;
ho wela fatshe.
Eyo (e-yaw) (ha eyo) /of a thing: not there/ Hoa ntho: e sio sebakeng seo e
batloang ho sona; e sa fumanoeng moo e batloang. Mohl. Kea makala ha ba re ha
eyo empa ke sile e le teng. Kemang ya itseng ha eyo? Che ha eyo e le ka nnete! (bap.
Bayo, Hoyo, leyo, ayo, diyo, boyo, seyo, yo).
90
91
Fff
PALE:
Tlhaku ya botshelela ya Sesotho. Yona e akga ka mareho le maetsi. Amang a mareho
a thatafatsa modumo ha eba mareho. Mohlala: fana=phano, fapanya=phapanyo,
fapohela=phapohelo, faola=phaolo, jwalo jwalo.
F(ef).
Fa (fa) /give/ Ho neha ka letsoho; ho abela ka ho neha; ho neha ka ho arola.
Faboriki (fa-bo-ri-ki) /factory/ Moaho o moholo oo ho hlahisoang kapa ho etsoang
dintho teng. Sebaka sa tlhahiso ya dintho tse itseng. /bon. difaboriki/.
Fadile (fa-di-le) // Bokgale ba ho fala.
Fadiloe (fa-di-lwe) // Boetsuwa le bokgale ba ho fala. (mm. fadilwe).
Fadimeha (fa-di-me-ha) /to be sleepless, to be vigilant/ Ho dula mahlo a butsoe ntle
le ho robala; ho se robale ka baka la mosebetsi kapa morero o itseng; ho ba malala-alaotsoe.
Fadimeho (fa-di-me-haw) /sleeplessness, vigilance/ Ketso ya ho fadimeha kapa ho
dula mahlo a butsoe ntle le ho robala. (bap. phadimeho).
Faea (fa-ya) /mix/ Ho kenya phofo metsing a belang ka sepheo sa ho pheha bohobe
kapa ho etsa papa. Kopanyo ya phofo le metsi a belang. Tlh. Lentsoe le nepahetseng
ke “faha” eseng “faea”.
Fafatsa (fa-fa-tsa) /springle/ Ho tshela metsi ka letsoho kapa ntho e itseng hodima;
ho tshela senoko hodima sejo; ho tshela moriana hodima ntho e itseng.
Fafatsa (fa-fa-tsa) /drizzle/ Ho na hoa pula e nyane haholo; ho otla hoa lefafatsane;
ho wa hoa marothodi a manyenyane haholo a pula.
Fafi (fa-fi) /gambling/ Boemo ba ho bapala ka chelete ka sepheo sa ho e thola ese ele
ngata kapa e phaellane ka mora ho fana ka dipalo (numbers) tse itseng ho mochaena;
ho bapala diketo ka chelete ka ho efa mochaena.
Fafoha (fa-fu-ha) // Ketsahalo ya ho fafola: Ho hula letsoho kapa leoto ha bohloko
ka tsela eo ekang lesapo le hotsutsoe manoanyetsong. Ho hula ka ho hotsula.
Fafola (fa-fu-la) // Ho hula letsoho kapa leoto ha bohloko ka tsela eo ekang mosifa
kapa lesapo le hotsutsoe manoanyetsong.
Fafolaka (fa-fu-la-ka) // Phethako ya ho fafola.
Fafoleha (fa-fu-le-ha) // Ketsahalo ya ho fafola: e boemong ha ho fafoloa ha bobebe;
eo holeng bonolo ho hula letsoho kapa leoto la yona ha bohloko ka tsela eo ekang
mosifa kapa lesapo le hotsutsoe manoanyetsong.
Fafoloa (fa-fu-lwa) // Boetsuwa ba ho fafola.
Fafotse (fa-fu-tse) // Bokgale ba ho fafola.
Fafotsoe (fa-futs-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho fafola.
Faha (fa-ha) /water and meal mixture/ Ho kenya phofo metsing a belang ka
sepheo sa ho pheha bohobe kapa ho etsa papa. Kopanyo ya phofo le metsi a belang.
Fahla (fa-hla) /obscure, obstruct, unseeing/ Ho tshiroa hoa leihlo kapa mahlo ka
lebaka la se keneng hara ona; ho tshira leihlo kapa mahlo ho bakang pono e fokolang
ya nakoana. (bap. Foufala). Mael. Ho fahla mmuso ka lehlabathe: ho kgentsha; ho
koatisa; ho utloisa bohloko bo boholo; ho sithabetsa pelo; ho hlabehisa; ho kgopisa;
ho hlokofatsa maikutlo.
91
92
Fahlile (fa-hli-le) /obstructed/ Bokgale ba ho fahla.
Fahliloe (fa-hli-lwe) /obscured/ Boetsuwa le bokgale ba ho fahla.
Fahloa (fa-hlwa) /obscured/ Boetsuwa ba ho fahla.
Fahoa (fa-hwa) // Boetsuwa ba ho faha. Mael. Pitsa ho fahoa e belang: motho ya
diehang ho nyala kgarebe o tla rakoa mme mohlankana emong a mo nyale pele.
Mosetsana ya tsilatsilang a ka rakoa ke babang mme ba qetelle ba nkile mohlankana
wa hae. (bap. Tlhadietsoe).
Fala (fa-la) /scratch/ Ho ntsha masalla a dijo a thata pitseng ka sefalo; ho sebedisa
sefalo ho ntsha ntho e itseng. (bap. Phalo).
Falese (fa-le-se) /awkward, cumbersome/ Ka mokgoa o thata kapa o jesetsang
kgoebeleng; ha boima haholo ka tsela e tsoedipaneng.
Falla (fal-la) /immigrate/ Ho tloha sebakeng ho ya ho seseng ntle le morero wa ho
chaka. Ho thota sebakeng seseng kapa bodulong bobong ka sepheo sa ho ya batla
bodulo tulong kapa sebakeng seseng. Mael. Ho kopana le pela di falla: ho tobana le
se sa lebelloang haholo se sebe; ho ba maemong a ho hlaseloa ntle le tebello kapa
boikemisetso; ho bontshoa se sa lebelloang.
Falla (fal-la) /relocate/ Ho ya sebakeng seseng ho tloha ho seseng ka lebaka la
mosebetsi; ho ya nqa enngwe ka mosebetsi.
Fallaka (fal-la-ka) /immigrate repeatly/ Phetako ya ho falla: ho falla hoa batho ba
bangata.
Fallela (fal-le-la) // Ketsetso ya ho falla: ho etsa hore motho kapa ntho e tlohe
sebakeng ho ya ho seseng ntle le morero wa ho chaka. Ho thota sebaka sa ho dula se
fapaneng le seo ho tsuwang teng. Ho batla sebaka se secha sa bodulo.
Fallisa (fal-li-sa) // Ketsiso ya ho falla.
Fallisoa (fal-li-swa) /evicted, relocated/ Boetsuwa ba ho falla: ho tlosa motho moo a
dulang teng ho mo isa sebakeng seseng.
Famo (fa-mu) /type of Basotho dance/ Mofuta wa motjeko wa Basotho o hlaha,
moo ba tjekang, ebile ba famola dinko, ba tsitsinya matheka le marao haholo; mofuta
wa motjeko wa Basotho oo ho fochoseloang bakeng sa khoriana le dikupu tsa
mmino. (bap. Moqapo, focho, mohobelo, mokgibo, choachoasela).
Famola (fa-mu-la) /nasalise/ Ho bua ka nko. Ho sotha nko. Ho bula nko.
Famong (fa-mu-ng) /disco/ Sebaka sa ho fochosela kapa ho tjeka. Sebaka seo ho
letsoang diletsa tsa mmino kapa moo ho nang le mmino wa ho fochosela kapa wa ho
tjeka. (bap. focho).
Famotse (fa-mu-tse) // Ketsahalo ya ho famola: e butseng masoba a dinko; e
sothileng kapa e butseng masoba a dinko. Bokgale ba ho famola.
Famotsoe (fa-muts-we) // Boetsuwa ba ho famola.
Fana (fa-na) /generous/ Ho nehelana ka phahlo, sejo, chelete, ntho efe kapa efe ntle
le ho tsilatsila. Ho neha ka lerato.
Fanana (fa-na-na) // Ketsetsano ya ho fana.
Fanne (fan-ne) // Bokgale ba ho fana. (bap. filoe).
Fanoa (fan-wa) // Boetsuwa ba ho fana. (mm. fanwa).
Fantisa (fan-ti-sa) /put for sale/ Ho etsa dinyehlisetso tse kgolohadi; ho theola theko
tsa ntho tse rekisoang; ho rekisa ka theko e tlase haholo.
Fantisi (fan-ti-si) /sale, auction/ Ketso ya ho fantisa: ho etsa dinyehlisetso tse
kgolohadi; ho theola theko tsa ntho tse rekisoang; ho rekisa ka theko e tlase haholo.
Moo ho nang le dinyehlisetso tse kgolohadi. (bap. theolelo, tonosetso).
Fantse (fan-tse) /erred/ Bokgale ba ho fanya.
92
93
Fantsha (fants-ha) /confuse/ Ho etsa ntho kapa motho hore a etse diphoso; ho
tlaidisa le ho etsisa difanya. Ketsiso ya ho fanya.
Fantshoa (fan-ts-hwa) // Boetsuwa ba ho fanya.
Fanya (fan-ya) /err/ Ho etsa phoso; ho etsa ketso tse sa batleheng. Mael. Mmesa
mohloane ha a fanye: motho ya lebeletseng ketso e itseng ya bohlokoa eo a sa
tlamehang ho etsa phoso, hohang.
Fanyeha (fan-ye-ha) /swing, sway/ Ho etsa hore ntho e leketle. (bap. leketlisa).
Fanyeha (//) /suspend/ Ho bebofatsa kotlo ya kahlolo ka ho etsa hore ya molato a se
dule chankaneng dilemo tse beiloeng.
Fanyeha (//) /to hang/ Ho bolaya ka ho leketlisa ka thapo molaleng.
Fanyehile (fan-ye-hi-le) // Bokgale ba ho fanyeha.
Fanyehiloe (fan-ye-hil-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho fanyeha.
Fanyehoa (fan-ye-hwa) // Boetsuwa ba ho fanyeha.
Faola (fa-ul-a) /castrate/ Ho poma setho sa botona sa motho kapa phoofolo e tona;
ho tlosa lerete; ho fedisa bonna kapa botona.
Faolla (fa-ul-la) /to provide with saved food/ Ho ntsha dijo kapa mofao o neng o
patiloe kapa o beiloe sebakeng se itseng se sa bonoeng.
Faollela (fa-ul-le-la) // Ketsetso ya ho faolla.
Faolletse (fa-ul-le-tse) // Bokgale ba ho faolla.
Faolletsoe (fa-ul-lets-we) // Bokgale le boetsuwa ba ho faolla.
Faolleloa (fa-ul-le-lwa) // Boetsuwa ba ho faollela.
Faoloa (fa-u-lwa) /castrated/ Boetsuwa ba ho faola.
Faotse (fa-u-tse) /castrated/ Bokgale ba ho faola.
Faotsoe (fa-u-tswe) /castrated/ Boetsuwa le bokgale ba ho faola.
Fapana (fa-pa-na) /disagree/ Ho se dumellane ka puo. Ho hloka tshebedisano
mmoho qetong ya dipuisano kapa ditaba. Ho se utloane ka puo kapa ho hloka
tumellano. Ho ngangisana ka mantsoe.
Fapana (fa-pa-na) /come across/ Ho kopana le motho kapa ntho tseleng empa ho sa
uwe sebakeng seleseng. Ho kopana tseleng.
Fapane (fa-pa-ne) /evil/ E mobe kapa ya diketso tse mpe; ya mekgoa e fosahetseng
tse sa rateheng; ya pelo e mpe. Mohl. Ngoana motho eo o fapane haholo, hle!
Fapantsha (fa-pa-nts-ha) /mislead/ Ketsiso ya ho fapanya: ho kgelosa ntho kapa
motho kgahlanong le emong ka ho mmuwa hampe; ho lahla motho ka dipuo tse mpe.
Fapantshitse (fa-pa-nts-hi-tse) // Bokgale ba ho fapantsha.
Fapantshitsoe (fa-pa-nts-hits-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho fapantsha.
Fapanya (fa-pan-ya) /mislead/ Ho kgelosa ntho kapa motho kgahlanong le emong ka
ho mmuwa hampe; ho lahla motho ka dipuo tse mpe.
Fapanya (fa-pan-ya) /misplace, misfile/ Ho bea ntho moo e sa lokelang teng; ho
kopakopanya dintho ka ho beha madulong a fosahetseng.
Fapanyetsana (fa-pa-nye-tsa-na) /exchange, interchange, reciprocate, swap/ Ho
fana ka ntho bakeng sa ho fumana enngwe; ho kgaohana le ntho e itseng ka lebaka la
ho batla enngwe e tshoanang le yona kapa e batlileng e tshoana le yona; ho fetolelana
mosebetsi ka ho nka wa emong, emong le yena a nke wa hao.
Fapanyetsa (fa-pa-nye-tsa) /interchange/ Ho beha emong kapa seseng sebakeng sa
emong; ho nka sebaka sa emong.
Fapanyoa (fa-pan-wa) // Boetsuwa ba ho fapanya. (mm. fapanywa).
Fapoha (fa-pu-ha) /go astray, irrelevent/ Ho tsoa tseleng; ho bua ntho e sa
hlokahaleng kapa e sa amaneng le eo ho buuwang ka yona; ho tsoa lekoteng; ho
lahleha ka dipuo.
93
94
Fapohela (fa-pu-he-la) /sojourn/ Ho kena sebakeng pele ho fihloa moo ho uwang
teng; ho chakela tulo nakoana; ho etela sebaka seo eseng seo ho uwang ho sona.
Fapoheloa (fa-pu-he-lwa) // Boetsuwa ba ho fapohela.
Fapohetse (fa-pu-he-tse) // Bokgale ba ho fapohela.
Fapohisa (fa-pu-hi-sa) /mislead/ Ketsiso ya ho fapoha: ho etsa hore motho a etse
phoso kapa a fanye.
Fapohisoa (fa-pu-hi-swa) /misled/ Boetsuwa ba ho fapohisa. (mm. fapohiswa).
Faqa (fa-qa) /to struggle, to fight/ Ho hula ka thata ka baka la tlala e kgolo; ho ba
teng hoa ntoa pakeng tsa batho kapa dinaha.
Faqana (fa-qa-na) // Ketsetsano ya ho faqa.
Faqile (fa-qi-le) // Bokgale ba ho faqa.
Faqisa (fa-qi-sa) /overfeed/ Ho fa sejo haholo kapa hofeta tekanyo. Ho fepa haholo
hofeta kamoo ho hlokahalang ka teng.
Faqisa (//) // Ketsiso ya ho faqa.
Faqisitsoe (fa-qi-sits-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho faqa.
Faqisoa (fa-qi-swa) // Boetsuwa ba ho faqa.
Faredisa (fa-re-di-sa) // Ketsiso ya ho farela.
Faredisoa (fa-re-di-swa) // Boetsuwa ba ho farela
Farela (fa-re-la) /stuck on a tree/ Ho dula kapa ho tshoaseha sefateng bakeng sa ho
wela fatshe; ho se tsebe ho tsitsinyeha ka baka la ho tshoaseha hodima ntho e
hodimo.
Farelo (fa-re-law) /stuckness/ Ketso ya ho farela: ho dula kapa ho tshoaseha
sefateng bakeng sa ho wela fatshe; ho se tsebe ho tsitsinyeha ka baka la ho tshoaseha
hodima ntho e hodimo. (bap. pharelo).
Faresa (fa-re-sa) // Ho se kgone kapa ho hloleha ho ntsha namane kapa ledinyane ke
phoofolo e tshehadi nakong ya ho beleha kapa ho tsoala. Ho tshoaseha hoa namane
sethong sa botshehadi sa phoofolo.
Faresitse (fa-re-si-tse) // E boemong ba ho hloleha ho ntsha namane kapa ledinyane
nakong ya ho beleha kapa ho tsoala.
Fareso (fa-re-saw) // Ketso ya ho faresa: boemo ba ho se kgone kapa ho hloleha ho
ntsha namane kapa ledinyane ke phoofolo e tshehadi nakong ya ho beleha kapa ho
tsoala. Tshoaseho ya namane sethong sa botshehadi sa phoofolo.
Faretse (fa-re-tse) /stuck/ E tshoasehileng sefateng; e sa kgoneng ho theoha ho tsoa
sebakeng se hodimo.
Fariki (fa-ri-ki) /pig/ Phoofolo ya hae, e mafura; e bohlasoa haholo; e jang joang,
nama kapa ntho tse ngatanyana tse jehang ho yona. (bap. kolobe, hoki).
Fariki (//) /Speckled Mousebird/ Mofuta wa nonyana e soothoana ka mmala; e
fumanoang haholo dibakeng tse bulehileng tsa dihlahla; e phelang haholo ka ho ja
mefuta ya ditholoana. /bon. difariki/.
Farolla (fa-rul-la) /untie/ Ho tshoasolla lerabeng; ho ntsha se hakehiloeng sefateng
kapa sebakeng se hodimo; ketsollo ya farela.
Fasa (fa-sa) /tie/ Ho tlama ka thapo kapa lerapo; ho etsa hore ntho kapa motho a
hloke ho phuthuloha; ho etsa hore ntho e se balehe ka ho e tlama. (bap. bofa).
Fasana (fa-sa-na) /to draw, equal/ Ketsetsano ya ho fasa: ho ba maemong a maleka;
ho lekana ka dintlha papading.
Faseha (fa-se-ha) /stuck/ Ketsahalo ya ho fasa: ho ba boemong ba ho se kgone ho
itshoasolla ka baka la ho tlangoa.
Fasisa (fa-si-sa) // Ketsetso ya ho fasa.
Fasisisa (fa-si-si-sa) // Ketsisiso ya ho fasa.
94
95
Fasitse (fa-si-tse) // Bokgale ba ho fasa.
Fasitsoe (fa-sits-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho fasa. (mm. fasitswe).
Fasoa (fa-swa) // Boetsuwa ba ho fasa.
Fasolla (fa-sul-la) /untie/ Ketsollo ya ho fasa: ho etsa hore ntho kapa motho a
phuthulohe; ho etsa hore ntho e kgone ho baleha ka ho e tlamolla.
Fasolloa (fa-sul-lwa) // Boetsuwa ba ho fasolla.
Fasoloha (fa-su-lu-ha) /to be free/ Ketsahalo ya ho fasolla: ho ba boemong ba ho
phuthuloha kapa ho ba ntle le ho tlangoa kapa ditlamo.
Fasolohile (fa-su-lo-hi-le) // Bokgale ba ho fasoloha.
Fata (fa-ta) /dig/ Ho etsa mokoti kapa lesoba mobung; ho cheka lephao kapa
sekgetshe fatshe kapa leboteng. (bap. cheka).
Fataka (fa-ta-ka) // Phetako ya ho fata.
Fatela (fa-te-la) // Ketsetso ya ho fata. Mael. Ho fatela morao joalo ka kgoho: ho
sebetsa ntle le tema. Ho etsa ntho e hlokang thuso. Mael. Ha ho tsuonyana phatela
(fatela) nngwe: bophelong motho kamong o tlameha ho ipatlela tse hlokahalang
bophelong ntle le ho tshepa babang.
Fatile (fa-ti-le) /dug/ Bokgale ba ho fata.
Fatisa (fa-ti-sa) // Ketsiso ya ho fata: ho baka ho fata; ho etsa hore ntho kapa motho a
fate fatshe.
Fatisisa (fa-ti-si-sa) /investigate/ Ketsisiso ya ho fata: ho batla ka kelohloko bonnete
kapa nnete ya taba e itseng; ho tsomana le botlalo ba taba. (bap. batlisisa).
Fatisiso (fa-ti-si-saw) /investigation/ Ketso ya ho fatisisa: ho batla ka kelohloko
bonnete kapa nnete ya taba e itseng; ho tsomana le botlalo ba taba. (bap. patlisiso).
Fatshe (fats-hi) /down/ Moo mahlo a shebang tlase ha a tadima; lehlakore le
bapelaneng le le hodimo ka chebeho. Moo maoto a hatang teng. (bap. tlase).
Fatshe (fats-hi) /on the ground, earth/ Moo dimelang di hlahang teng; moo honang
le mobu kapa sebopeho sa lefatshe. /bon. mafatshe/ (bap. lefatshe).
Fatuka (fa-tu-ka) /wipe/ Ho tlosa metsi ka fatuku kapa sesebedisoa se jwalo. Ho
hloekisa ka lesela kapa ntho e hloekisang.
Fatuki (fa-tu-ki) /wiper/ Sesebedisoa sa koloi se tlosang metsi ha pula e na. Seetsoa
se sebedisoang ho tlosa metsi kgalaseng ya sepalangoang. /bon. difatuki/ (bap.
sefatuki) Tlh. mabitso: “fatuki” le “sefatuki” a na le meelelo e tshoanang.
Fatuku (fa-tu-ku) /dish washer cloth/ Lesela la ho phumula sejana kapa sekotlolo ka
ho tlosa mongobo kapa lesoe. /bon. difatuku/ (bap. sefatuki).
Faya (fa-ya) /mix water and mielie/ Ho tshela phofo metsing a belang. (bap. faha).
Feba (fe-ba) /promiscous, fornicate/ Ho bokana le batho ba bangata ntle le lenyalo;
ho ba bonolo ho dumela ho kota kapa ho kotoa; ho ba boemong ba ho bokana ka tsela
e bobebe; ho dumela ho kotoa ntle le khanyetso.
Febela (fe-be-la) /to be adulterous, unfaithfull/ Ketsetso ya ho feba: ho bokana le
batho ba bangata ntle le lenyalo. Ho feba bakeng sa motho emong; ketsetso ya ho
feba kapa ho feba bakeng sa ho utloisa molekane bohloko.
Feberu (fe-be-ru) /fever/ Mocheso o moholo wa mmele o bakoang ke lefu le itseng
kapa boemo bo itseng ba bokudi. Tlh. Batho ba bang ba sebedisa lentsoe, “febere”
bakeng sa “feberu”. Tem. Lentsoe lena, “feberu” ke sothofatso ya lentsoe, “fever”.
Febisa (fe-bi-sa) // Ketsiso ya ho feba: ho baka bofebe.
Fecha (fe-cha) /to move lecherously/ Ho sebedisa mmele ka tsela ya ho hohela
thobalano; ho tsitsinya mmele ka tsela ya ho feba kapa joalo ka sefebe; ho kota kapa
ho boka ka tsela ya ho tsitsinya letheka.
Fechaka (fe-cha-ka) // Phetako ya ho fecha.
95
96
Fechana (fe-cha-na) // Ketsetsano ya ho fecha: ho fecha emong mme le yena a feche
ya mo fechang.
Fechile (fe-chi-le) // Bokgale ba ho fecha.
Fechisa (fe-chi-sa) // Ketsiso ya ho fecha: ho baka ho fecha.
Fechoa (fe-chwa) // Boetsuwa ba ho fecha.
Fedile (fe-di-le) /finished/ Bokgale ba ho fela. (bap. qetile).
Fedisa (fe-di-sa) /to end, terminate/ Ketsiso ya ho fela: ho etsa hore ntho kapa
boemo bo itseng bo emise; ho emisa ketsahalo; ho bolaya kapa ho tlosa bophelo.
Fedisa (//) /to terminate service/ Ho emisa mosebetsi wa motho; ho lesa
tshebedisano kapa kamano le. Ho tlohela kamano ya mosebetsi le ramosebetsi.
Fedisana (fe-di-sa/na) // Ketsetsano ya ho fedisa.
Feela (fe-el-a) /only, just/ Ntle le maikemisetso amang kapa kgetho enngwe; ka
sepheo se sa tsitsang kapa se hlokang botio; ka ho etsa ketso ntle le lebaka kapa
khopolo e tsitsitseng. (bap. tjee).
Feelo (fi-e-law) /semicolon/ Letshwao le bontshang ho kgefutsa hoa polelo nako e
telele, ebe polelo e tsoela pele. Letshwao le arolang dipolelo tse serapaneng seleseng
tse amanang. (mohl. ( ; ). (bap. kgutlo, kgutloana, makalo, sakana).
Feeloana (fe-el-wana) /comma/ Mohl. ( , ) Letshwao le bontshang ho kgefutsa hoa
polelo nakoana, ebe e tsoela pele; letshwao le sebedisoang ho arola dipolelo kapa
mantsoe a fetang bonngwe. (bap. tlami, sakana, tsejana, potso).
Fefa (fe-fa) // Ho tlosa bokahodimo ba letlalo kapa ntho e mahoashe; ho ebola
bokantle ba ntho e itseng ka ho hohla.
Fefena (fe-fe-na) /woble/ Ho tsitsinya ka mokgoa wa ho sothaka kapa ho bedika.
Fefenene (fe-fe-ne-ne) /perfect landing/ Lekgotsa le bontshang ho dula kapa ho
fihla fatshe hoa sefofane ka mora ho fofa. Ho dula ho tsoa hodimo ka tsela e hlokang
tshethiso. Ho dula ha monate ho tsoa hodimo.
Fefenene (//) /helicopter/ Mofuta wa sefofane o hlokang mapheo a tloaelehileng, o
dulang bakeng tse ngata ntle le boema fofane feela. (bap. Seroala-nkgoana).
Fefentse (fe-fen-tse) // Bokgale ba ho fefenya.
Fefentsoe (fe-fents-we) // Boetsuwa ba ho fefenya.
Fefenya (fe-fen-ya) /to speed a car/ Ho kganna sepalangoang ka lebelo le leholo
haholo; ho potlakisa koloi kapa sepalangoang. (bap. pepetla).
Fefenyo (fe-fen-yaw) /speedometer, speed/ Lenakana le botshang lebelo leo
sepalangoang se tsamayang ka lona. Ketso ya ho fefenya.
Fefenyoa (fe-fen-wa) // Boetsuwa ba ho fefenya.
Fefisa (fe-fi-sa) // Ketsiso ya ho fefa.
Fefoha (fe-fu-ha) /wind dispersal/ Ho tsamaya le moya; ho fofisoa ke moya.
Fefohela (fe-fu-he-la) // Ketsetso ya ho fefoha.
Fefohetse (fe-fu-he-tse) // Bokgale ba ho fefoha.
Fefola (fe-fu-la) /to disperse by wind/ Ho nkoa ke moya; ho tsamaisoa moyeng ke
moya; ho sututsoa ke moya sepakapakeng.
Fefolaka (fe-fu-la-ka) // Phetako ya ho fefola.
Fefoleha (fe-fu-le-ha) // Ketsahalo ya ho fefoha: e kgonang ho nkoa, tsamaisoa kapa
ho sututsoa ke moya sepakapakeng.
Fefoloa (fe-fu-lwa) // Boetsuwa ba ho fefola.
Fefotse (fe-fu-tse) // Bokgale ba ho fefola.
Fefotsoe (fe-futs-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho fefola.
Fehelo (fi-hel-aw) /rage/ Ketso ya ho feheloa: pontsho ya bohale kapa ho kgena ho
hlokang taolo. (bap. kgobohello).
96
97
Feheloa (fi-hel-wa) /to have rage/ Ho bontsha bohale bo boholo bo hlokang taolo;
ho kgena ka tsela e sa tshoareheng kapa e sa laoleheng. (bap. kgobohelloa).
Fehetsoe (fe-hets-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho feheloa.
Fehla (fe-hla) /stir, mix/ Ho kopanya motsoako ka lefehlo; ho etsa hore ntho di
tsoakehe ka ho duba kapa ho tsitsinya motsoako. (bap. duba).
Fehlile (fe-hli-le) // Bokgale ba ho fehla.
Fehlisa (fe-hli-sa) // Ketsiso ya ho fehla.
Fehlisoa (fe-hli-swa) // Ketsiso ya ho fehla.
Fehloa (fe-hlwa) // Boetsuwa ba ho fehla
Feiki (fe-iki) /fig tree/ Mofuta wa sefate se senyane se behang ditholoana tse
bitsoang ka lebitso la sefate seo. /bon. difeiki/
Feisi (fe-isi) /fist/ Letsoho le koetsoeng ho sebedisoa joalo ka sebetsa; seatla ha se
koetsoe se sebedisoa bakeng sa ho tebela kapa ho otla motho. Tlh. Lentsoe le
nepahetseng la Sesotho ke setebele. (bap. setebele).
Fekefa (fe-ke-fa) /dribble/ Ho etsa menyakoe le dikguba ka bolo ya maoto; ho isa
sebapadi seseng sa bolo hodimo le tlase ka ho pikitlaka, sidilaka le ho thellisa bolo.
Fekefo (fe-ke-faw) /dribbling/ Ketso ya ho fekefa: dikguba, menyakoe ka ho pikitla,
sidila le ho thellisa bolo ka leoto.
Fekisa (fe-ki-sa) /to win/ Ho hlola ditlhodisanong: ho feta bao ho phehisanoang le
bona ka ntoa, puo, papadi, tlhodisano kapa ketso tse itseng; ho ba ka pele ka ho nepa.
Fekiso (fe-ki-so) /winning, a win/ Ketso ya ho fekisa: ho hlola ditlhodisanong kapa
papading ya ho batla mohlodi. (bap. phekiso).
Feko (fi-kaw) /disaster/ Boemo bo tshabehang ba ho senya kapa ba tshenyeho e
entsoeng; boemo bo qetang ho etsahala ba meka le mehlolo.
Fela (fe-la) /end/ Ho emisa hoa ketsahalo; ho fihla qetellong ya ntho; qaleho ya
letho; ho qhepha hoa ntho e teng; ho fokotseha ka botlalo. Tlh. Mantsoe, “fela” le
“feela” ha a bolele ntho e le nngwe. Tem. Ho na le Basotho ba bitsang lentsoe lena,
“feditse” kapa “fetsa” eleng puo ya Setswana. Ka puo ya Sesotho sa Borwa (boroa) o
wa “qeta” kapa o “qetile”. Kgetho enngwe ke ho “fedile”. Mael. Ha se mara ha se
ho fela: ha se ho fela kapa qetello ya ketsahalo kapa ketso e itseng. Mael. Se sa
feleng se a hlola: ha ho ketsahalo, boemo kapa ntho e hlokang pheletso. Mael. Ho
fela pelo: ho halefa haholo; ho kgena kapelenyana.
Felehetsa (fe-le-he-tsa) /escort/ Ho tsamaya le motho emong ka sepheo sa ho
mmontsha tsela kapa ho mo thusa; ho ba mmoho le motho leetong.
Felella (fe-lel-la) /cease, expire/ Ho fihla boemong ba qetelo kapa ba ho fela; ho
fihla qetellong ya eng kapa eng.
Fella (fel-la) /end, stop/ Hoa ketso kapa ketsahalo: ho emisa ka nako e itseng; ho se
tsoele pele; ho qetella kapa ho fihla qetellong; ho fihla sekgutlong kapa pheletsong.
Fella (fel-la) /to fit in, match in/ Ho ba boemong ba ho kena sebakeng seleseng
kaofela; ho aneloa ke ntho e nyane kaofela. Mohl. Ekare lejoana lena le tla fella
kahare ho setshelo sena. Re keke ra fella ka hara tekesi ena: ho tletse haholo.
Felleng (fel-le-ng) /wilderness/ Sebaka sa dithaba tse tletseng lehlabathe, se hlokang
metsi; se nang le dimela tse mmaloa. /bon. difelleng, mafella/.
Felletse (fel-le-tse) // Bokgale ba ho fella.
Felloa (fel-lwa) // Boetsuwa ba ho fella.
Feme (fe-me) /firm/ Sebaka sa mesebetsi moo ho etsoang ditlhahisoa tse ngata;
mosebetsi wa basebetsi ba bangata moo ho etsoang dihlahisoa tse ngata haholo
bakeng sa thekiso. /bon. difeme, difemeng/.
97
98
Fenetha (fi-nit-ha) /harm, molest/ Ho otla ka ho lematsa haholo; ho natha ka ho
utloisa bohloko bo boholo; ho utloisa mmele wa motho bohloko ka ho etsa ketso e
mpe. Ho hlokometsa le ho sotla ba hlokang matla; ho utloisa ba hlokang molato
bohloko. (bap. Phenetho).
Fenetheha (fe-net-he-ha) /vulnerable/ Ketsahalo ya ho fenetha: ho ba boemong ba
ho tlatlatjoa kapa ho fenethoa ha bobebe.
Fenetheho (fi-nit-he-haw) /vulnerability/ Boemo ba ho fenetheha kapa ho ba
seemong sa ho tlatlatjoa kapa ho fenethoa ha bobebe. (bap. phenetheho).
Fenethile (fe-net-hi-le) // Bokgale ba ho fenetha.
Fenethiloe (fi-ni-thi-lwe) /molested/ Boetsuwa le bokgale ba ho fenetha.
Fenethoa (fi-nit-hwa) /harmed, molested/ Boetsuwa ba ho fenetha.
Fepa (fe-pa) /feed/ Ho fa dijo; ho kenya sejo ka molomong sa; ho matlafatsa ka
phepo kapa dijo.
Fepeha (fe-pe-ha) // Ketsahalo ya ho fepa: e kgonang ho fepjoa kapa e kgonang ho ja
dijo ha di lebisoa molomong.
Fepela (fe-pe-ha) /supply, endow, furnish, provide/ Ho thusa ka ho fa kapa ho
ekeletsa ho tloha sebakeng seseng ho ya ho seseng; ho ekeletsa ho se fokotsehang
kapa se ka fokotsehang. Ho eketsa ho se fokotsehang.
Fepile (fe-pi-le) // Bokgale ba ho fepa
Fepiloe (fe-pi-lwe) // Boetsuwa le bokgale ba ho fepa.
Fepjoa (fep-jwa) // Boetsuwa le ketsetso ya ho fapa.
Ferefa (fe-re-fe) /to paint/ Ho neta lebota kapa ntho e itseng ka mobu kapa ferefe ya
mmala o itseng ka sepheo sa ho e nchafatsa kapa ho ntlefatsa. (bap. dila, penta).
Ferefe (fe-re-fe) /paint/ Motsoako o sebedisoang bakeng sa ho nchafatsa ka ho dila;
se sebedisoang bakeng sa ho kgabisa ka ho neta kapa ho dila. /bon. diferefe/
Ferefo (fe-re-faw) /painting/ Ketso ya ho ferefa: ntlefatso ka ho dila kapa ho neta
lebota kapa ntho e itseng ka mobu wa mmala; neto ka ferefe ya mmala o itseng ka
sepheo sa ho e nchafatsa kapa ho ntlefatsa. (sheb. dila, neta, penta).
Fereha (fe-re-ha) /propose love to a girl/ Ho bua le motho ka puo ya ho etsa hore
ebe kgarebe, mohlankana kapa motsoalle ka tsa lerato; ho bua puo ya ho ratana kapa
ya baratani; ho joetsa motho hore o wa mo rata; ho ipuella ho kgarebe kapa
mohlankana. Mohl. Honeng o fereha kgarebe ena: ha a o batle hle monna!
Ferehela (fe-re-he-la) // Ketsetso ya ho fereha.
Ferehile (fe-re-hi-le) // Bokgale ba ho fereha.
Ferehiloe (fe-re-hi-lwe) // Boetsuwa le bokgale ba ho fereha.
Ferehisa (fe-re-hi-sa) // Ketsiso ya ho fereha.
Ferehisoa (fe-re-hi-swa) // Boetsuwa le ketsiso ya ho fereha.
Ferehoa (fe-re-hwa) // Boetsuwa ba ho fereha.
Ferekana (fi-ri-ka-na) /confuse/ Ho etsa hore ntho kapa motho a se nahane hantle;
ho kopanya kelello hore e se nahane hantle; ho kopakopanya hlooho ka mantsoe kapa
diketso tse itseng.
Ferekantse (fi-ri-kan-tse) // Bokgale ba ho ferekanya.
Ferekantsoe (fi-ri-ka-nts-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho ferekana.
Ferekanya (fi-ri-kan-ya) /to confuse/ Ketsiso ya ho ferekana: ho etsa hore ntho kapa
motho a se nahane hantle; ho kopanya kelello hore e se nahane hantle; ho
kopakopanya hlooho ka diketso le dipuo tse itseng.
Ferekanya (fi-ri-kan-ya) /terrorise/ Ho baka morusu naheng le sechabeng; ho etsa
diketso tsa moferekanyi le boferekanyi. Ho etsa mosebetsi wa moferekanyi: ho kenya
98
99
moferefere mmusong kapa sechabeng ka ketso tse itseng; ho jala pherekano ka ho
cheha diqhomane. (bap. moferekanyi).
Ferekanyoa (fe-re-kan-wa) // Boetsuwa ba ho ferekanaya.
Ferena (fe-re-na) /to wander/ Ho tsamaya hohle ka sepheo se sio; ho solla ntle le
lebaka le tsitsitseng. Ho etsa diketso tsa ferene.
Ferene (fi-ri-ni) /wanderer/ Motho ya tsamayang hohle ntle le sepheo se tsitsitseng
kapa morero o sio. /bon. Diferene/.
Ferola (fe-ru-la) /propel, trigger/ Ho etsa hore mmele kapa setho seseng sa ona se
tsitsipane ka baka la sejo se jeweng se sa latsoeheng hantle; ho tsitsipana hoa
maikutlo ka lebaka la ditaba tse mpe tse boleloang. Mael. Ho ferola dibete: ho beha
maikutlong a mabe a bakang boikutlo kapa maikutlo a mabe a mmele kapa kelello;
ho fedisa takatso ya dijo; ho lahlehisa tapo kapa ho lapa. Ho sulafalletsa takatso.
Ferotse (fe-ru-tse) // Bokgale ba ho ferola.
Ferotsoe (fe-ruts-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho ferola.
Fesetere (fes-te-re) /window/ Sebaka sa ntlo se nang le kgalase. Kosene enang le
kgalase e bonahatsang kantle; lesoba le leboteng la ho etsa hore ho bonoe ka ntle le
hore moya o kene. /bon. difesetere/ Tlh. Batho babang ba sebedisa lentsoe,
“fensetere”.
Feta (fi-ta) /pass by/ Ho tsamaya pela; ho ba ka pele ka ho tsamaya; ho sia ka ho
tsamaya; ho tsamaya kapele ka sepheo sa ho sia.
Feta (fi-ta) (hofeta) /beside, otherwise/ Ntle le moo; hoseng joalo. Ka lebaka leo le
boleloang. (bap. hosengjoalo). (sheb. Hofeta bakeng sa tshebediso).
Fetana (fi-ta-na) // Ketsetsano ya ho feta: ho tsamaya pela, ka ho siana; ho siana ka
ho tsamaya; ho tsamaya kapele ka sepheo sa ho siana. (bap. siasiana).
Feteha (fe-te-ha) // Ketsahalo ya ho feta: ho ba boemong ba ho kgona ho feta ntho
kapa motho ha bobebe. Ho feta ha bonolo ntle le tshitiso.
Feteletsa (fi-te-le-tsa) /exaggarate, magnify, overstate/ Ho hlahisa le ho phatlalatsa
taba ka tsela eo ekang e kgolo, ntle, kgahleha, mpe kapa nyane hofeta kamoo eleng
kateng; ho hodisa kapa nyenyefatsa chebeho, mokgoa le sebopeho sa ntho hofeta
kamoo seleng kateng. (bap. hasahasa, khasakhaso).
Fetella (fit-el-la) /worsen/ Ho ba mobe hofeta pele; ho etsa tse mpe hofeta pele; ho
ba boemng ba mpefalo e kgolo.
Fetelletse (fi-tel-le-tsi) (fetelletseng) /extreme/ Hoa boemo bo botle kapa bo bobe:
bo hodimo hofeta kamoo ho hlokahalang ka teng; bo fetang tekanyo.
Fetha (fit-ha) /to abort/ Ho bolaya lesea le so tsoaloeng kapa le boemong ba ho
tsoaloa; ho fedisa bophelo ba lekgabunyane le ka popelong kapa le sa tsoa tsoalo; ho
fedisa bophelo pele bo ba teng. (bap. folotsa, nyopisa).
Fetho (fet-haw) /abortion/ Ketso ya ho bolaya lesea le so tsoaloeng kapa le boemong
ba ho tsoaloa; ho fedisa bophelo ba lekgabunyane le ka popelong. (bap. mofethe).
Fethoa (fet-hwa) /aborted/ Boetsuwa ba ho fetha. (bap. fenetha).
Fetile (fi-ti-le) // Bokgale ba ho feta.
Fetisa (fe-tisa) /pass/ Ho tlosa ntho sebakeng seseng ho isa ho seseng.
Fetisa (fe-ti-sa-na) /to drible/ Ho etsa menyakoe le dikguba ka bolo ya maoto; ho isa
sebapadi seseng sa bolo hodimo le tlase ka ho pikitlaka, sidilaka le ho thellisa bolo.
Fetisetsa (fe-ti-se-tsa) /refer/ Ho isa taba pele bakeng sa tharollo ya bothata ba yona.
Fetisetsoa (fe-ti-sets-wa) /referred to/ Boetsuwa ba ho fetisetsa.
Fetisisa (fe-ti-si-sa) /most/ Ka tsela e kgolohadi hofeta tse ding; ka boemo bo
bontshang boholo hofeta amang. Ketsisiso ya hofeta: ka tsela e fetang tseding haholo;
ka tsela e phahameng hofeta tsohle; ka mokgoa o moholo hofeta emeng kapa yohle.
99
100
Fetisitsoe (fe-ti-sits-we) /referred/ Bokgale ba ho fetisetsa.
Fetoa (fe-twa) // Boetsuwa ba ho feta: ho siwa ke nthoe itseng.
Fetoha (fe-tu-ha) /to change, repend/ Ho ba sebopehong seseng; ho ba boemong bo
bong; ho ba maikutong amang; ho ba monahanong kapa kelellong e nngwe; ho etsa
dinchafatso kapa maemo a macha.
Fetoha (fe-tu-ha) /to turn/ Ho etsa hore mmele o shebe sebakeng seseng; ho lebisa
mmele nqa e nngwe. Ho etsa hore maemo a nke sebopeho seseng. (bap. phetoho).
Fetoha (//) /transform, revolve/ Ho etsa sebopeho se secha; ho nka tsela e lebisang
tokolohong kapa boemong bo itseng. Ho lebisa boemong bo bocha.
Fetohaka (fe-tu-ha-ka) /restless/ Phetako ya ho fetoha: ho fetoha ha ngata kapa ho
etsa hore mmele o shebe sebakeng seseng; ho lebisa mmele nqa e nngwe.
Fetohela (fe-tu-he-la) /turn against/ Ho ba kgahlanong le; ho se tsamaisane le; ho se
etse ntho e batloang ke.
Fetohile (fe-tu-hi-le) // Bokgale ba ho fetoha.
Fetola (fe-tu-la) /respond/ Ho araba potso; ho fana ka karabo; ho fana ka puo e
batloang; ho lebisa karabo ho mmuwi kapa motho ya botsang.
Fetola (fe-tu-la) /translate/ Ho etsa puo e utloahale ka leleme leleng; ho ngola puo e
itseng ka puo ya sechaba seseng. (bap. toloka).
Fetolaka (fe-tu-la-ka) // Phetako ya ho fetola.
Fetolana (fe-tu-la-na) /to communicate/ Ketsetsano ya ho fetola: ho buisana ka
sepheo sa ho fana molaetsa; ho buisana ka sepheo sa ho utloana kapa ho utloisisana.
Fetolela (fe-tu-le-la) /to turn inside out/ Ketsetso ya ho fetola kapa ho tlisa bokahare
kantle, kapa bokantle kahare.
Fetolela (fe-tu-le-la) /to translate/ Ho etsa mongolo kapa puo ya sechaba seseng ka
puo ya bobedi kapa ya badichaba; ho etsa puo e utloahale ka leleme leleng; ho ngola
puo e itseng ka puo ya sechaba seseng.
Fetotse (fe-tu-tse) // Bokgale ba ho fetola.
Fetotsoe (fe-tuts-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho fetola.
Fi (fi!) /exclamation: sudden darkness/ Lekgotsa le bontshang boemo ba lefifi;
seemo sa tlhokeho ya kganya ka botlalo. (bap. lefifi).
Fiedisa (fi-edi-sa) /to sweep correctly/ Ketsiso ya ho fiela: ho tlosa dithole kapa
matlakala moo a sa batlahaleng teng.
Fiela (fi-ela) /sweep/ Ho tlosa dithole kapa matlakala ka lefielo; ho sututsa dithole
mmoho le matlakala; ho hloekisa ka lefielo.
Fifala (fi-fa-la) /to be dark/ Ho fela hoa kganya; ho ntshofala ka baka la tlhokeho ya
letsatsi, kganya kapa lebone.
Fifatsa (fi-fa-tsa) /darken/ Ketsiso ya ho fifala: ho fedisa kganya kapa ponahalo e
ntle; ho baka lefifi ka ho tima lebone kapa sesosa sa kganya. Ho baka lerotho.
Fifatso (fi-fats-aw) /darkening/ Ketso ya ho fifatsa: ho etsa hore ho be lefifi kapa ho
se be le kganya. Ho fedisa kganya kapa ponahalo e ntle; ho baka lefifi ka ho tima
lebone kapa sesosa sa kganya. (bap. ntshofatso, phifatso).
Fifatsoa (fi-fa-tswa) /darkened/ Boetsuwa ba ho fifatsa.
Fihla (fi-hla) /arrive/ Ho ba sebakeng ka nako e itseng; ho ba teng ka nako e
lebeletsoeng; ho re balakatha!
Fihlela (fi-hle-la) /achieve/ Ho thola boemo bo itseng ka mora mosebetsi o itseng; ho
phomella ho atleha. (bap. hofihlela).
Fihlela (fi-hle-la) /reach/ Ketsahalo ya ho fihla. Ho atleha ho fihla sebakeng.
100
101
Fihlella (fi-hlel-la) /achieve, accomplish, attain, fulfil, obtain, procure/ Ho
phethahatsa se batloang kapa se labalabeloang; ho ba boemong ba ho fumana se
sebeleditsoeng.
Fihlelletse (fi-hlel-le-tse) /achieved/ Se fumanoeng ka mora mosebetsi kapa boiteko
bo etsoang; seo ho phomeletsoeng ho se fumana.
Fihlile (fi-hli-le) /arrived/ Bokgale ba ho fihla.
Fihlisa (fi-hli-sa) /bad welcome/ Ho ananela sebakeng ka tsela e sa lokang; ketsiso
ya ho fihla; ho amohela sebakeng ka ho phoqa. (bap. amohela). Mohl. Maobane
barutuwa ba kgale ba ne ba fihlisa ba bacha.
Fihlisoa (fi-hli-swa) // Boetsuwa ba ho fihla.
Fika (fi-ka) /the rock/ Lejoe le leholo haholo; lejoe la selomo. Lejoe le leholo haholo
ka sebopeho sa bolelele ba ho ya hodimo; lejoe la selomo, thaba kapa lehaha le
boima ka baka la boholo ba lona. /bon. mafika/ (bap. lefika).
File (fi-le) /gave/ Bokhale ba ho fa.
Filemone (fi-le-mo-ne) /Philemon/ Buka ya leshome le metso e robedi (18) ya bibele
testamenteng e ncha.
Filoe (fi-lwe) /given/ Bokgale le boetsuwa ba ho fa kapa ho fana. (bap. fanoa).
Filoe (fi-lwe) /gifted/ E nang kapa ya nang le mpho ya tlhaho kapa tsebo ya ho etsa
ketso tse itseng hofeta ba bang.
Fina (fi-na) /fold/ Ho mena ka ho etsa nyane; ho nyenyefatsa ka ho phutha bakeng sa
ho etsa ntho e be kgutshoane kapa e be nyane. (bap. koba).
Finahana (fi-na-ha-na) /to be firm/ Ho ba manganga ka ntlhakemo ya puo e fanoang
ntle le ho fetoha; ho ba le ntlhakemo e sa tsitsinyeheng.
Finahatsa (fi-na-ha-tsa) // Ketsiso ya ho fina: ho etsa hore boemo ba se buuwang bo
se fetohe ha bobebe; ho bontsha manganga ka ntlhakemo ya puo e fanoang ntle le ho
fetoha; ho ba le ntlhakemo e sa tsitsinyeheng.
Finahatso (fi-na-hats-aw) /firmness/ Ketso ya ho finahatsa: ho etsa hore boemo ba
se buuwang bo se fetohe ha bobebe; ho bontsha manganga ka ntlhakemo ya puo e
fanoang; ntle le ho fetoha; ho ba le ntlhakemo e sa tsitsinyeheng.
Fineha (fi-ne-ha) /foldable/ E kgonang ho finoa kapa ho menoa ka ho etsoa nyane.
Finehile (fi-ne-hi-le) /folded/ E boemong ba ho fineha. Bokgale ba ho fina.
Finnoe (fin-nwe) (finnwe) /folded/ Bokgale le boetsuwa ba ho fina.
Finoa (fi-nwa) /folded/ Boetsuwa ba ho fina.
Finyela (fin-ye-la) /to duck/ Ho qoba se lahleloang ka ho qoba kapa ho suthisa
karolo enngwe ya mmele kapa mmele ohle. Tlh. Mantsoe, “finyela” le “finyella” a na
le meelelo e sa tshoaneng hohang.
Finyella (fin-yel-la) /to arrive savely/ Ho fihla sebakeng ka kgotso; ho fihla moo ho
uwang ntle le mathata; ho tsamaya hantle ho ya sebakeng seseng. (bap. phinyello).
Fiolo-ya-meru (//) /African Goshawk/ Mofuta wa nonyana e jang nama, haholo
dihahabi le nonyana tseding tse nyane; e hlooho e thokoa, e mahlo a masootho, e
molala o mosweu, e mokokotlo o mosootho le maoto a masehla. /bon. Difiolo/.
FIOLA YA MERU (GOSHAWK)
101
102
Fitisa (fi-ti-sa) /pass/ Ho tlosa ntho sebakeng seseng ho isa ho seseng. Tlh. Lentsoe
le nepahetseng ke “fetisa” hofeta “fitisa”.
Fitisana (fi-ti-sa-na) // Ketsetsano ya ho fetisa: ho fetisa emong mme le yena a fitise
ya mo fitisitseng. Tlh. Lentsoe le nepahetseng ke “fetisana” hofeta “fitisana”.
Fitisana (fi-ti-sa-na) /drible/ Ho etsa menyakoe le dikguba ka bolo ya maoto; ho isa
sebapadi seseng sa bolo hodimo le tlase ka ho pikitlaka le ho sidilaka bolo. Tlh.
lentsoe le nepahetseng ke “fetisana” hofeta “fitisana”.
Fitisetsa (fi-ti-se-tsa) /refer/ Ho isa taba kapa ntho e itseng pele bakeng sa tharollo;
ho lebisa se nang le bothata pele. Tlh. Lentsoe le nepahetseng ke “fetisetsa”.
Fitisetso (fi-ti-sets-aw) /referral/ Ketso ya ho fetisetsa. Tlh. Lentsoe le nepahetseng
ke “phetisetso”. (bap. phetisetso).
Fitisisa (fe-ti-si-sa) /more than/ Ka tsela e fetang e tloaelehileng; ka tsela e kgolo,
mpe, ntle kapa nyane hofeta tsohle. (sheb. fetisisa).
Foba (fu-ba) // Motho eo le nyetseng sebakeng seleseng le yena; monna wa ngoana
bo mosadi wa hao. /bon. bofoba/ (bap. soare).
Focho (fu-chu) /disco/ Sebaka sa ho fochosela kapa ho tjeka: moo ho fochoseloang
teng; moo ho tjekoang teng. (bap. famo, motjeko) (mm. fochong, fotjho).
Fochosela (fu-chu-se-la) /to dance/ Ho tsitsinya mmele bakeng sa seletsa tsa mmino.
Fochoselo (fu-chu-se-law) /dancing/ Ketso ya ho fochosela. Tsitsinyeho ya mmele
bakeng sa mmino wa diletsa kapa wa focho. (bap. moqoqopelo, motjeko, sekesa).
Fodile (fo-di-le) // Bokgale ba ho fola. Mael. Bo tsholoa bo chesa, bo tsohe bo
fodile: maikutlo a khalefo a kokobela ha nako e ntse e tsamaya.
Fodisa (fo-di-sa) /to heal/ Ho etsa ntho kapa motho a fole; ho tlosa mahlaba kapa
mahloko; ho etsa hore bokudi bo bakoang ke lehlaba, letetetso kapa bohloko bo fele;
ho nyametsa bokudi. Mael. Meno masweu maloma a fodisa: motho ya tshehang
empa a le kotsi kgahlanong le eo a tshehang le yena; lehlabaphio.
Fodisa (//) // Ketsiso ya ho fola:
Fodisa (//) /to cool/ Ho etsa metsi kapa ntho e chesang e bate; ho etsa ntho kapa
metsi a hatsele.
Fodisitse (fo-di-si-tse) // Bokgale ba ho fodisa.
Fodisitsoe (fo-di-sits-we) Boetsuwa le bokgale ba ho fodisa.
Fodisoa (fo-di-swa) /healed, cooled/ Boetsuwa ba ho fodisa.
Fofa (fo-fa) /fly/ Ho tsamaya moyeng; ho sebedisa mapheo bakeng sa ho leba
sepakapakeng; ho tsamaya le moya; ho ba hodimo moyeng. Mael. Tsie (kgopi) e fofa
ka mokota: ya hlalefileng o tsamaya a tshoere mofao hoba a sa tsebe tsa moo a yang
teng.
Fofela (fu-fe-la) /fly at/ Ketsetso ya ho fofa
Fofile (fo-fi-le) // Bokgale ba ho fofa.
Fofisa (fo-fi-sa) /cause to fly/ Ketsiso ya ho fofa
Fofisitse (fo-fi-si-tse) // Bokgale ba ho fofisa.
Fofisitsoe (fo-fi-sits-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho fofisa.
Fofisoa (fo-fi-swa) // Boetsuwa ba ho fofa
Fofo (fu-fu) /luke warm, tepid, phlegmatic/ E sa bateng kapa e sa cheseng; e
mahareng a mocheso le mohatsela; e sa weleng ka lehlakoreng le itseng.
Fofona (fo-fo-na) /sniff/ Ho batla monko kapa ho thola lephoka ka kutlo le thuso ya
nko. Ho utloa ka nko. (bap. nkhella).
Fofonela (fo-fo-ne-la) /sniff/ Ketsahalo ya ho fofona: ho batla se patehileng; ho
sebedisa nko ho batla moo monko kapa lephoka leleng teng.
Fofoneloa (fu-fu-ne-lwa) // Boetsuwa ba ho fofonela. (mm. Fofonelwa).
102
103
Fofonetse (fy-fu-ne-tse) // Bokgale ba ho fofonela.
Fofonetsoe (fu-fu-nets-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho fofonela.
Fofora (fo-fo-ra) /shed (of leaves)/ Ho tlosa mahlaku a sefate kapa semela; ho ntsha
lehlaku la semela kapa sefate; ho tsitsinya semela hore mahlaku kapa ditholoana di
wele fatshe. (bap. Hloba, tlhotlhora, phophora).
Foforeha (fo-fo-re-ha) // Ketsahalo ya ho fofora: ho tloseha hoa mahlaku sefateng
kapa semeleng.
Foforile (fo-fo-ri-le) // Bokgale ba ho fofora.
Foforiloe (fo-fo-ri-lwe) // Boetsuwa le bokgale ba ho fofora.
Foforisa (fo-fo-ri-sa) // Ketsisiso ya ho fofora.
Foforisoa (fo-fo-ri-swa) // Boetsuwa ba ho foforisa.
Foforoa (fo-fo-rwa) // Boetsuwa ba ho fofora.
Foforoakoa (fo-fo-rwa-kwa) // Phethako ya ho foforoa. (mm. Foforwakwa).
Fohla (fu-hla) // Ho ntsha se mamaretseng hodima ntho e itseng ka ho otlanya
kgahlanong le.
Fohloa (fu-hlwa) // Boetsuwa ba ho fohla. Mael. Ho tsoa ka ntshoe di sa fohloa: ho
tloha sebakeng ka tsela e hlokang monate; ho tsamaya ho se monate.
Foka (fo-ka) /blow/ Ha moya o tsamaya; ho tsitsinyeha hoa moya.
Foka (//) /sprinkle/ Ho tshela ka moriana wa setho ho thibela bokudi le meleko; ho
sebedisa lechoba bakeng sa ho tshela moriana.
Fokaela (fo-ka-e-la) /to run continuously/ Ho matha ntle le ho ema; ho papaela
lolololo; ho leba ka lebelo le leholo.
Fokaela (fu-ka-ela) /tour, voyage/ Ho etela sebaka kapa naha ka sepheo sa
dipatlisiso; ho etela sebaka ka lebaka la phomolo kapa boithabiso.
Fokaelo (fo-ka-e-law) // Ketso ya ho fokaela.
Fokisa (fo-ki-sa) /detect, spy/ Ho etsa mosebetsi wa lefokisi kapa motho ya etsang
dipatlisiso tsa ketsahalo e itseng. (bap. Lefokisi, leutloela).
Fokiso (fo-kis-aw) /detection, detectiveness/ Ketso ya ho fokisa. Tshebetso ya
bofokisi kapa lefokisi. Mosebetsi wa ho fokisa kapa ho etsa dipatlisiso tsa ketsahalo e
itseng.
Fokisoa (fo-ki-swa) // Boetsuwa ba ho fokisa.
Fokola (faw-kaw-la) /weak, anaemic, feeble, frail, sickly, shaky/ Ho ba boemong
bo hlokang bophelo bo botle; ho hloka matla ka baka la bokudi; ho ba le kelello e
nyane; ho se phele hantle; ho hloka mafolofolo a mmele le kelello.
Fokoleditse (fu-ku-le-di-tse) // Bokgale ba ho fokoletsa.
Fokoletsa (fu-ku-le-tsa) // Ketsetso ya ho fokotsa: ho fa ka ho nka bongateng,
qubung kapa sehlopheng; ho abela ka baka la bongata ba dintho; ho arolela.
Fokoletsoa (fu-ku-lets-wa) // Boetsuwa ba ho fokoletsa.
Fokotsa (fu-ku-tsa) /decrease/ Ho etsa ntho e be nyane; ho nyenyefatsa; ho theola
boteng kapa boleng ba ntho.
Fokotseha (fu-ku-tse-ha) /dwiddle, subside/ Ho eba hoa ntho e itseng; ho fela hoa
bongata ba ntho e itseng.
Fokotsetsa (fu-ku-tse-tsa) /share/ Ketsetso ya ho fokotsa: ho abela ka ho nka qubung
ya ntho tse ngata; ho fa ka ho qotsa qubung kapa sehlopheng. (bap. arolela). Tlh.
Mantsoe, “fokotsetsa” le “fokoletsa” a na le meelelo e fapaneng.
Fola (faw-la) /heal, get well/ Ho fela hoa bokudi, lefu kapa bohloko; ho ikutloa o
phetse hantle ka mora ho kula; ho se kule.
Folakga (fu-la-kga) /flag/ Lesela le nang le mmala kapa mebala ya naha; lesela le
bontshang mokga, sehlopha kapa naha.
103
104
Folla (fol-la) // Ho kenya ntho e nang le lesoba, joalo ka sefaha, thapong kapa
lesikeng. (mm. folletse, folletsoe).
Folodisa (fo-lo-di-sa) // Ketsiso ya ho folotsa: ho etsa hore ntho kapa motho a tsoale
ngoana kapa ledinyane le shoeleng; ho beleha lekgabunyane le hlokang bophelo; ho
se phomelle hoa morero o itseng; ho hloleha ho phethahala hoa ketso e itseng. (bap.
pholotso).
Foloditse (fo-lo-di-tse) // Bokgale ba ho folotsa.
Folofela (fu-lu-fe-la) // Ho kgotsofalla boemo bo itseng; ho ba motlotlo kapa ho
ananela boemo bo itseng le ha ho le thata. Mael. Tlhapi folofela leraba hobane metsi
a pshele o a bona: tlohela ho tletleba hobane baheno ba hlahetsoe ke kotsi kapa ba
shoele o ba bona.
Folotsa (fo-lo-tsa) /abort/ Ho tsoala ngoana kapa ledinyane le shoeleng; ho beleha
lekgabunyane le hlokang bophelo; ho se phomelle hoa morero o itseng; ho hloleha ho
phethahala hoa ketso e itseng. (bap. Nyopa).
Folotso (fo-lo-tso) /miscarriage, abortion/ Ketso ya ho folotsa: boemo ba ho tsoala
ngoana kapa ledinyane le shoeleng; ho beleha lekgabunyane le hlokang bophelo; ho
se phomelle hoa morero o itseng; ho hloleha ho phethahala hoa ketso e itseng. (bap.
pholotso, sefolotsoana).
Fomeditse (fu-me-di-tse) // Bokgale ba ho fometsa.
Fomeditsoe (fu-me-dits-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho fometsa.
Fometsa (fu-me-tsa) /rust/ Ho baka mafome: ho etsa hore tshepe kapa ntho e
tshoanang le tshepe e hlahe mafome. Ho baka ho eboha hoa tshepe ka ho e beha moo
honang le mongobo; ho etsa hore tshepe e tlhotlhorehe kapa e jehe bokahodimo ka
baka la ngobiso kapa boemo bo itseng. Tlh. Hona le batho ba sebedisang lentsoe,
“rusa” bakeng sa “fometsa”. Lentsoe “rusa” ke sothofatso ya “rust”. (bap. rusisa).
Fometso (fu-me-tso) /rusting/ Ketso ya ho fometsa: pako ya mafome kapa ho etsa
hore tshepe kapa ntho e tshoanang le tshepe e hlahe mafome. Ho baka ho eboha hoa
tshepe ka ho e beha moo honang le mongobo; ho etsa hore tshepe e tlhotlhorehe kapa
e jehe bokahodimo ka baka la ngobiso kapa boemo bo itseng. (bap. rusiso, ruso).
Fometsoa (fu-me-tswa) // Boetsuwa ba ho fometsa. (bap. rusisoa).
Fonaneng (fu-na-ni-ng) /good night!/ Ho sadisa hantle bosiu kapa ha ho lo roabaloa;
salang hantle bosiong bona! (bap. sala-hantle, dumelang!).
Fonetiki (fo-ne-ti-ki) (fonotiki) /phonetics/ Thuto ya medumo ya mantsoe ho ya ka
puo efe kapa efe; thuto e bontshang le ho hlalosa modumo wa lentsoe. Mongolo o
hlalosang modumo wa puo ya sechaba. /bon. difonetiki/
Fonofono (faw-naw-faw-naw) /telephone/ Sesebedisoa se sebedisoang sa ho bua le
motho a hole; sesebedisoa sa ho fetisa molaetsa ho motho ya hole. (bap. mohala).
Fopha (fup-ha) /beat with a reed/ Ho otla ka lehlaka la semela; ho otla ka thupa e
metsi; ho otla ka ntho e lesoe kapa mongobo.
Fopha (fawp-ha) /to tumble dry/ Ho fedisa metsi seaparong; ho tlhotlha metsi
nakong ya ho hlatsoa diaparo. Ho omisa kapa ho tlhotla ka mora ho hlatsoa ka metsi
kapa mochini wa ho hlatsoa.
Fophaka (fup-ha-ka) // Phetako ya ho fopha: ho otlaka ka lehlaka la semela; ho otla
ka thupa e metsi; ho otla ka ntho e lesoe kapa mongobo.
Fophile (fop-hi-le) // Ketsahalo ya ho fopha.
Fophisa (fawp-hi-sa) /dry/ Ketsiso ya ho fopha: ho ntsha metsi seaparong kapa ho
omisa ntho e itseng; ho ntsha mongobo.
Fophisitse (fawp-hi-si-tse) // Bokgale ba ho fophisa.
Fophisitsoe (fawp-hi-sits-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho fophisa.
104
105
Fopotla (fu-pu-tla) // Ho baka hore motho kapa ntho e be boemong bo tshoaneloang
ke thohako kapa photolo.
Fopotleha (fu-pu-tle-ha) /nugatory, worthless/ Hoa sebopeho sa motho: eo mekgoa
ya hae e mebe e mo etsang hore e be ntho feela kapa a tshoaneloe ke thohako kapa
photholeho. (bap. Photholeha).
Fopotlehile (fu-pu-tle-hi-le) /nugatory, worthless/ Ya mekgoa le ditloaelo tse mpe
tse lokeloang ke photolo. Ya mobe hofeta satane.
Fopotleho (fu-pu-tle-haw) /nugatory state/ Ketso ya ho fopotleha kapa ho ba le
mekgoa e lokeloang ke ho photholoa.
Fopotlo (fu-pu-tlaw) // Ketso ya ho fopotla: ho baka hore motho kapa ntho e be
boemong bo tshoaneloang ke thohako kapa photholo.
Foqa (fu-qa) /over eat/ Ho ja haholo; ho nyofa; ho ja hofeta tekanyo.
Foqisa (fu-qi-sa) /over feed/ Ketsiso ya ho foqa: ho jesa hofeta tekano.
Foqiso (fu-qi-saw) /gluttony/ Ketso ya ho foqisa: boemo ba senyofu kapa ho ja
haholo hofeta tekanyo. (bap. bonyofu).
Fora (fo ra) // Hoa phoofolo: ho shebisa kapa ho lebisa ditsebe morao ka lebaka la ho
tshoha le ho itukisetsa ho baleha ka lebelo le leholo. Mael. Ho fora ditsebe: ho
baleha ka letsoalo le leholo.
Fora (fu-ra) /Lesotho evangelical church/ Enngwe ya kereke tsa pele tsa naha ya
Lesotho e theiloeng dilemong tsa bo 1833. /bon difora/
Fora (fo-ra) /france/ Naha ya mafora e tholahalang Yuropa.
Foro (fo-ro) /furrow/ Tsela e etseditsoeng ho tsamaya metsi. (bap. lengope).
Fosa (fo-sa) /to transgress, sin/ Ho etsa ho sa lokang; ho etsa sebe; ho tlola molao;
ho tsoa tseleng.
Fosa (//) /err, mistake/ Ho etsa phoso; ho tlaila ka diketso kapa ka puo.
Fosa (//) /miss/ Ho otla ka thoko; ho otla mafosi. Ho hloleha ho nepa. (bap. nepa).
Fosahala (fo-sa-ha-la) /inaccurate, invalid/ Ho ba boemong bo sa nepahalang.
Fosahatsa (fo-sa-ha-tsa) // Ho etsa hore boemo bo fosahale: bo hloke nepahalo kapa
nnete e lebeletsoeng; bo se ke ba loka joalo ka ha ho lebelletsoe.
Fosahetse (fo-sa-he-tse) /invalid, inaccurate, wrong/ E sa lokang kapa e
sebopehong se sa lokang; eo eseng yona e lebeletsoeng. Mohl. Hobaneng o re fa e
fosahetseng? Ke bomamg babang ba thotseng e fosahetseng? Qeto ya bona e ne e
fosahetse ka botlalo. Re bone hore e fosahetse.
Fosana (fo-sa-na) // Ketsetsano ya ho fosa.
Fosetsa (fo-se-tsa) /offend, to wrong/ Ketsetso ya ho fosa: ho etsetsa motho phoso.
Fosetso (fo-se-tso) /offence/ Ketso ya ho fosetsa: ho etsetsa motho phoso; ho siteloa
motho. Tshitelo ya Modimo. (bap. Phosetso).
Fota (fu-ta) /to irk/ Ho tena ka diketso tse itseng ka nako e latellanang; ho latella ka
ho qholotsa kapa ho utloisa bohloko maikutlong. Mohl. Motho a tla re fota hoseng!
Fotakela (fu-ta-ke-la) // Ketsetso ya ho fota: ho ba setena ka ho etsa ketso e itseng ho
motho ha ngata; ho latella ka ho qholotsa.
Fotakelo (fu-ta-ke-law) // Ketso ya ho fotakela: ho ba setena ka ho etsa ketso e itseng
ho motho ha ngata; ho latella ka ho qholotsa.
Fotha (fut-ha) // Motsoako o etsang lehadima ha o etsoa ke ngaka ya setho.
Fothela (fut-he-la) // Ho etsa fotha; ketsetso ya fotha.
Fotheloa (fut-he-lwa) // Boetsuwa ba ho fotha.
Fothodisa (fut-hu-di-sa) // Ketsisiso ya ho fothola.
Fothola (fut-hu-la) /weed out/ Ho ntsha semela mmoho le motloang wa sona; ho
ntsha setlamatlama kapa sefate le mothapo wa sona. (bap. qoqola, hotsula, qotsula).
105
106
Fotholaka (fut-hu-la-ka) /to weed out repeatly/ Phetako ya ho fothola.
Fotholako (fut-hu-la-kaw) /repeat weeding out/ Ketso ya ho fotholaka.
Fotholela (fut-hu-le-la) // Ketsetso ya ho fothola.
Fotholo (fut-hu-law) /weeding out/ Ketso ya ho fothola: qoqolo ya semela mmoho le
motloang wa sona; mokgoa wa ho ntsha setlamatlama kapa sefate mmoho le mothapo
wa sona.
Fothotse (fut-hu-tse) // Bokgale ba ho fothola.
Fothotsoe (fut-huts-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho fothola.
Fotseke (fu-tse-k) /go away!/ Lekgotsa le bontshang ho tebela ntja kapa ho bua le
motho hampe ka ho mo rohaka. Tem. Lentsoe lena ha se la puo ya Sesotho
hantlentle: lentsoe le nepahetseng la Sesotho ke “ha e ye!”. Lentsoe, “fotseke” le tsoa
puong ya Seafrokanse, “voetsek”. Le ha ho le joalo, lentsoe lena le se le sebedisoa ke
bongata ba dipuo tsa batho ba batsho joalo ka ha e ka ke la bona.
Fotsekisa (fo-tse-ki-sa) /expel like a dog/ Ho tebela kapa ho leleka joalo ka ntja.
Fotsekiso (fu-tse-ki-so) /expulsion/ Ketso ya ho fotsekisa: tloaelo ya ho tebela kapa
ho leleka joalo ka ntja. Teleko e mpe e tshoanang le ya ho tebela ntja.
Foufala (fo-u-fa-la) /go blind/ Ho lahleheloa ke pono ya mahlo; ho se kgone ho bona
ka baka la ho koaleha mahlo kapa ka lebaka la bokudi bo itseng.
Foufatsa (fo-u-fa-tsa) /to cause to be blind/ Ketsetso ya ho foufala: ho baka hore
mahlo a se bone; ho fedisa pono ya mahlo.
Foufatsoa (fo-u-fats-wa) // Boetsuwa ba ho foufala.
Foufetse (fo-u-fe-tse) /blind/ Ketsahalo le bokgale ba ho foufala: ho se bone; ho ba
boemong ba ho lahleheloa ke pono ya mahlo.
Fuama (fu-a-ma) /lay eggs/ Ho dula hodima lehe ke kgoho; ho dula hodima lehe ka
sepheo sa ho le futhumatsa bakeng sa ho qhotsisa. (bap. Qhotsa).
Fuamisa (fu-a-mi-sa) /cause to lay eggs/ Ketsiso ya ho fuama: ho baka hore kgoho e
fuame kapa e dule hodima lehe kapa mahe.
Fuamiso (fu-a-mi-so) /eggs laying/ Ketso ya ho fuamisa: ho baka hore kgoho e
fuame kapa e dule hodima lehe kapa mahe. (bap. Qhotsiso, phuamiso).
Fuamo (fu-a-maw) /laying/ Ketso ya ho fuama: ho dula hodima lehe ke kgoho; ho
dula hodima lehe ka sepheo sa ho futhumatsa bakeng sa ho qhotsisa. (bap. Phuamo).
Fubedu (fu-be-du) /red/ E nang le mmala wa madi kapa lelakabe la mollo. (bap.
kgubedu, mofubedu, sefubedu, lefubedu, bofubedu).
Fubetsoana (fu-be-tswa-na) /pink/ Mmala o bokgubedu bo hlakileng haholo. Ya
mmala wa thunthuru ya sefate sa perekisi; bokgubedu bo sa tlalang kapa bo sa
loelang. (bap. kgubetsoana).
Fubetsoana (fu-be-tswa-na) /of female animal colour: light red/ Ya mmala wa
kgomo e tshehadi kapa motho e motshehadi: ya mokgubedu bo hlakileng haholo kapa
ya mofubetsoana. (bap. kgubetsoana).
Fudisa (fu-di-sa) /cause to graze/ Ketsiso ya ho fula: ho etsa hore phoofolo e je
joang. Ho jesa joang.
Fudisoa (fu-di-swa) // Boetsuwa ba ho fula. (mm. Fudiswa).
Fuduha (fu-du-ha) /stir/ Ho kopanya ka lesokoana; ho etsa hore motsoako o be
mmoho ka ho sebedisa lesokoana kapa ntho e sokang.
Fuduhisa (fu-du-hi-sa) // Ketsisiso ya ho fuduha.
Fuduwa (fu-du-wa) // Boetsuwa ba ho fuduha.
Fuduwile (fu-du-wi-le) // Bokgale ba ho fuduha. (mm. Fuduoile).
Fufulela (fu-fu-le-la) /sweat/ Ho tsoa metsi a bodila masobeng a letlalo la mmele,
haholo sefahleho, ka baka la mocheso kapa bokudi bo itseng.
106
107
Fufuleloa (fu-fu-le-lwa) /to sweat/ Boetsuwa ba ho fufulela: ho tsoa metsi a bodila
masobeng a mmele, haholo sefahleho, ka baka la mocheso kapa bokudi bo itseng.
Fufuleloa (fu-fu-le-lwa) /to sweat for, struggle/ Ho sebetsa ka thata bakeng sa ntho
e batloang; ho sehla bakeng sa ho thola ntho e itseng.
Fufuletsa (fu fu-le-tsa) /to cause to sweat/ Ketsiso le ketsetso ya ho fufulela.
Fufuletso (fu-fu-le-tso) /sweating/ Ketso ya ho fufuletsa: pako ya mofufutso.
Fula (fu-la) /graze/ Ho ja joang ke diphoofolo; ho phela ka dimela. Mael. Mosha ha
o fula oa qamaka: motho o tlameha ho elahloko ha a etsa eng kapa eng.
Fumana (fu-ma-na) /find/ Ho thola; ho sibolla; ho kopana le motho kapa ntho e
itseng ka mora patlo. Ho ba le se batloang ka mora ho lahleha.
Fumane (fu-ma-ne) /found/ Bokgale ba ho fumana.
Fumaneha (fu-ma-ne-ha) /poor/ Ho hloka dintho tse hlokahalang bophelong; ho ba
mofumanehi; ho phela ka tshokolo le ho hlopheha. (bap. hlopheha, sotleha).
Fumaneha (fu-ma-ne-ha) /available/ Eo holeng bobebe ho e thola; e tholahalang ha
bobebe; eo hoseng thata ho e fumana.
Fumanehisa (fu-ma-ne-hi-sa) /impoverish/ Ketsiso ya ho fumaneha: ho hlokisa
dintho tse hlokahalang bophelong; ho ba mofumanehi; ho phela ka tshokolo le ho
hlopheha. (bap. hlophehisa, sotlehisa).
Fumanoa (fu-ma-nwa) /found/ Boetsuwa ba ho fumana.
Fumanoe (fu-ma-nwe) /found/ Boetsuwa le bokgale ba ho fumana.
Fupara (fu-pa-ra) /clutch/ Ho tshoara ka ho tiisa ka letsoho; ho beha kapa ho kenya
ka letsohong le koetsoeng. (bap. mamarela, atlarela).
Fuparela (fu-pa-re-la) /to hold firmly/ Ketsetso ya ho fupara.
Fuparisa (fu-pa-ri-sa) // Ketsiso ya ho fupara.
Fuparoa (fu-pa-rwa) // Boetsuwa ba ho fupara.
Fuparolla (fu-pa-rul-la) /de-claw, de-clutch/ Ketsollo ya ho fupara: ho tlohela se
tshoeroeng ka letshoho; ho ntsha se kentsoeng ka letsohong.
Fupe (fu-pe) /probability game/ Papadi ya ho kgetha ka ho akanya hore se patiloeng
se behiloe kae. Ho batla ka ho phopholetsa se patiloeng.
Fupere (fu-pe-re) // Ketsahalo le bokgale ba ho fupara.
Fuputsa (fu-pu-tsa) /investigate/ Ho etsa dipatlisiso tsa ketsahalo e itseng; ho
batlana le ntho e itseng; ho tsomana le bonnete ba ketso e itseng. (bap. batlisisa).
Fuputso (fu-puts-aw) /investigation/ Ketso ya ho fuputsa: mokgoa wa ho batlana le
ntho e itseng; tloaelo ya ho tsomana le bonnete ba ketso e itseng. (bap. patlidiso).
Furaletse (fu-ra-le-tse) // Ketsahalo le bokgale ba ho furalla: ho ba boemong ba ho
shebisa mokokotlo morao. Ho ba boemong ba ho lahloa ke batho ba heno.
Furaletsoe (fu-ra-lets-we) /deserted/ Boetsuwa le bokgale ba ho furalla.
Furalla (fu-ral-la) /desert/ Ho tlohela ntho kapa motho ka ho mo sia ale mong; ho
lesela motho hore a iponele.
Furalla (//) /to show the back side/ Ho shebisa mokokotlo morao; ho bontsha
mokokotlo kapa bokamorao.
Furalletse (fu-ral-le-tse) // Bokgale ba ho furalla.
Furalletsoe (fu-ral-lets-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho furalla. (mm. Furalletswe).
Furu (fu-ru) /hay/ Joang ha bo sebedisoa joalo ka sejo sa seruuwa; dijo tsa
diphoofolo joalo ka joang bo hetsoeng.
Furuletsa (fu-ru-le-tsa) // Ho lahlella ka majoe kapa ntho tse itseng.
Fusi (fu-si) /born after twins/ Ngoana ya hlahileng ka mora mafahla; motho ya
latelang mafahla. /bon. bofusi/.
Futhumaditse (fu-thu-ma-di-tse) /warmed/ Bokgale ba ho futhumatsa.
107
108
Futhumaditsoe (fu-thu-ma-dits-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho futhumatsa.
Futhumala (fu-thu-ma-la) /to be warm/ Ketsahalo ya ho futhumatsa: ho ba
boemong bo nang le mofuthu. Ho ba le mocheso o monate.
Futhumalo (fu-thu-ma-law) /warming/ Ketso ya ho futhumala: boemo bo nang le
mofuthu kapa mocheso o hantle. (mm. Phuthumalo).
Futhumatsa (fu-thu-ma-tsa) /to warm/ Ho etsa hore ntho ebe le mofuthu; ho etsa
hore ntho e lahleheloe ke mohatsela.
Futhumatso (fu-thu-ma-tso) /warming/ Ketso ya ho futhumatsa: ho etsa hore ntho
ebe le mofuthu kapa e lahleheloe ke mohatsela. (bap. mofuthu).
Futhumatsoa (fu-thu-mats-wa) // Boetsuwa ba ho futhumatsa.
Futhumetse (fu-thu-me-tse) /warm/ E nang le mocheso o motle; e sa cheseng
haholo; e ka kgonang ho oroa.
Futhumetse (fu-thu-me-tse) // Bokgale ba ho futhumatsa.
Futsa (fu-tsa) /inherit, be like/ Ho tshoana ka sefahleho, mmele, mekgoa kapa
diketso. Ho ba boemong bo tshoanang le motho emong wa lelapa.
Futsaneha (fu-tsa-ne-ha) /to be poor/ Ho hloka dintho tse hlokahalang bophelong;
ho ba mofutsana; ho phela ka thata; ho hafa ka nkatana.
Futsanehile (fu-tsa-ne-hi-le) /poor/ Ketsahalo le bokgale ba ho ho futsaneha: ho ba
boemong ba ho hloka. Ho ba boemong ba mohlophehi kapa mofutsana.
Futsanehisa (fu-tsa-ne-hi-sa) /impoverish/ Ketsiso ya ho futsaneha: ho baka
bofutsana kapa ho hlopheha; ho etsa hore ntho kapa motho a hloke. Ho ba boemong
ba ho se be le letho. (bap. fumanehisa).
Futsanehiso fu-tsa-ne-his-aw) /impoverishment/ Ketso ya ho futsanehisa: pako ya
bofutsana. (bap. mofutsana, phutsanehiso). Tlh. Lentsoe le nepahetseng ke
“phutsanehiso” hofeta “futsanehiso”.
Futsanehisoa (fu-tsa-ne-hi-swa) // Boetsuwa ba ho futsanehisa.
Futsoe (futs-we) /junk food/ Sejo se hlokang phepo e ntle; sejo se hlokang dijo
thollo; dijo tse sa faneng ka bophelo bo botle. /bon. difutsoe/ (bap. mofutsoela).
Futsoela (fu-tswe-la) /to mix/ Ho kopanya sejo seseng le seseng; ho kopanya lebese
kapa metsi le sejo se thatafetseng kapa se hlephileng.
Futsoela (fu-tswe-la) /to make a salad/ Ho kopanya dijo tsa mefuta e fapaneng
sejaneng seleseng; ho baka hore dijo ebe mofutsoela.
Futsoella (futs-wel-la) // Ketsetso ya ho futsoela: ho futsoela bakeng sa, kapa nqa ya.
Futsoelletse (futs-wel-le-tse) // Bokgale ba ho futsoella.
Futsoelletsoe (futs-wel-lets-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho futsoella.
Futsoetse (futs-we-tse) /mixed/ Bokgale ba ho futsoela.
Futsoelo (fu-tswe-law) /mixing/ Ketso ya ho futsoela: ho kopanya sejo seseng le
seseng; ho kopanya lebese kapa metsi le sejo se thatafetseng kapa se hlephileng. (bap.
mofutsoela).
Futuha (fu-tu-ha) /attack, mobilise/ Ho hlasela naha enngwe ka sepheo sa ntoa; ho
hlasela ntho kapa motho ka mantsoe kapa ntoa. Ho ba boemong ba ntoa.
Futuhela (fu-tu-he-la) /attacking/ Ketsahalo ya ho futuha: ho ba boemong kapa
makgatheng a ho hlasela kapa ho loana.
Fuwa (fu-wa) /to be given/ Boetsuwa ba ho fa; ho newa. (bap. fa).
Fuwama (fu-wa-ma) /lay/ Ho dula hodima lehe ke kgoho; ho dula hodima lehe ka
sepheo sa ho futhumatsa bakeng sa ho qhotsisa. (bap. Qhotsa).
Fuwamisa (fu-wa-mi-sa) /to make lay eggs/ Ketsiso ya ho fuwama.
108
109
Ggg
PALE:
Tlhaku ya bosupa ya puo ya Sesotho. Sesotho se sebedisa tlhaku ena haholo empa
eseng ho qala mantsoe. Hona ho bolela hore moo “G” e sebedisoang hona le ditlhaku
tse ding. Re ka qolla haholo mantsoeng a qalang ka “K”. mohlala: kgomo, kgama,
kgora, kgona, kganya, kgarebe, kgotso, kgethollo, jwalo jwalo. Hantlentle, puo ya
Setswana ke yona e nang le mantsoe a mangatanyana a qalang ka “G” puong tsa
lelapa la Sesotho (sotho speaking).
Tlhokomediso: moo “G” e qetellang leetsi, e a ngatafatsa. Mohlala: bona=bonang,
tsamaya=tsamayang, utloa=utloang, sheba=shebang, jwalo jwalo. Hape, moo e
qetellang lentsoe, ke ha e bontsha sebaka. Mohlala: matshekga=matshekgeng,
tau=taung, nkoe=mankoeng.
Gau (ga-u) /gold medal/ Tlotla ya gauta eo motho a e tholang ka ho hlola papadi e
itseng kapa ditlhodisano tse itseng.
Gauta (kga-u-ta) /gold/ Serafjoa se tholahalang botebong ba lefatshe se boleng bo
hodimo; serafjoa se sebedisoang ho etsa masale, direng, sefaha le mabenyane amang a
theko e hodimo.
Gauteng (kga-u-te-ng) /place of gold/ Sebaka seo ho fumanoang gauta e ngata teng.
Gauteng (//) /Gauteng Province/ Enngwe ya diprofinsi tsa Afrika Borwa, e bohareng
ba naha.
Genese (ge-ne-se) /genesis/ Buka ya pele ya testamente ya kgale. Tem. Tlhaloso ya
Genese (genesis) ho ya ka puo ya Sesotho ke “tshimoloho”, “qaleho” kapa “qalo”.
Sena se bolela hore mantsoe a mararo a boletsoeng a ka sebedisoa bakeng sa lereho
molata, “Genesis” eleng sothofatso ha e bitsoa “Genese”.
Golgotha (kgawl-kgawt-ha) /calvary/ Sebaka sa masapo a hlooho, haholo a batho,
seo Morena Jesu a thakgisitsoeng teng. Ho ya ka buka ya bibele ya Luka (23:33
mmoho le Mattheu 27:33): moo Morena Jesu a thakgisitsoeng teng. (bap. lehata).
109
110
Hhh
PALE:
Tlhaku ya borobedi ya Sesotho. Yona e akga ka maetsi, diemedi (maemedi), makgotsa
le mareho. Mareho a tlhaho a tlhaku ena a sebedisa ditlhaku “K” le “T” ha eba
mareho. Maetsi a pele a sebedisa “K” e lateloang ke “H”. Mohlala: haba=khabo,
habanya=khabanyo, hela=khelo, habela=khabelo, haeletsa=khaeletso, hola=kholo,
hema=khemo,
hemesela=khemeselo
hula=khulo,
hoeshetsa=khoeshetso,
hotsula=khotsulo, jj. Mmadi a ele hloko hore ke setlamo hore tlhaku “K” e lateloe ke
tlhaku “H” ebang “H” e lateloa ke sedumi joalo ka mehlala e fanoeng kahodimo. Ho
bolelang hore ha ho lentsoe la Sesotho le bitsoang “kgemeselo”, “kgotsulo” le
amang a qalang ka tlhaku “H” ha a rehofatsoa. Empa mantsoe a nepahetseng ke
“khemeselo”, (ho tsoa ho hemesela) “khotsulo” (ho tsoa ho hotsula).
Maetsi a bobedi a sebedisa “T” ha a rehofatsoa. Mohlala: hlapisa=tlhapiso,
hloekisa=tlhoekiso,
hlopha=tlhopho,
hlompha=tlhompho,
hlola=tlholo,
hloya=tlhoyo, jwalo jwalo.
H (eich) //.
Ha (ha) /at someone‟s/something‟s place/ Lentsoe le bontshang thuo ka ho supa
sebaka sa mmuuwa; sebaka sa moetsuwa kapa mmuuwa. (bap. ho).
Ha (ha) /when I, when they, when it/ Lentsoe le bontshang ho etsahala hoa ketsahalo
ka ho bontsha nako. Moh. Ha ke tsamaya, ke ha di kgutla.
Ha (ha) /whilst, while/ Ka nako eo ho etsahalang se itseng; nakong eo se itseng se
ntse se etsahala. Mohl. Ke tla o bona ha ke ntse ke phela.
Ha (ha) /whereas/ Ka tsela enngwe e itseng; ka mokgwa omong o fapaneng.
Haba (ha-ba) /to depress a tummy/ Ho honyetsa mpa ka ho hula moya.
Haba (ha-ba) /go swiftly, hurry/ Ho potlakela sebakeng se itseng; ho tsamaya kapele
bakeng sa ho ya kaekae.
Habahaba (ha-ba-ha-ba) /collosal, huge, stupendous/ E kgolo haholo; e sephara
ebile e le tenya; e bophora bo boholo; e kgolohadi. /bon. Dihabahaba/.
Habakuke (ha-ba-ku-ke) /Habakkuk/ Buka ya bibele ya bomashome a mararo le
metso e mehlano (35) ya testamente ya kgale. Tem. Lebitso lena, “habakuke”
(habakkuk) ke lebitso la seheberu la moprofeta ya neng a dula Jerusalema le bolelang
ho “imamaretsa ka thata ho” kapa “ho mamarela kapa ho itshetleha ho”.
Habanya (ha-ban-ya) /slight look/ Ho sheba ntho kapa motho ka ho se shebesisi
hantle; ho lebisa leihlo ka ho se natse haholo; ho sheba ntle le botio. (bap. qekotsa).
Habanyo (ha-ban-yaw) /act of slight look/ Ketso ya ho habanya: ho sheba ntho kapa
motho ka ho se shebesisi hantle; ho lebisa leihlo ka ho se natse haholo; ho sheba ntle
le botio. (bap. Khabanyo).
Habedi (ha-be-di) /twice/ Ka makgetlo a fetang bonngwe; ka makgetlo a ka tlase ho
boraro kapa tharo. (bap. pedi, bobedi).
Habedisa (ha-be-di-sa) // Ketsisiso ya ho habela: ho habela hantle, ka botlalo.
Habela (ha-be-la) /cut vegetables/ Ho poma moroho kapa meroho ha sesane bakeng
sa ho pheha le ho ja.
Habelaka (ha-be-la-ka) /to cut vegetables repeatly/ Phetako ya ho habela.
110
111
Habeletsa (ha-be-le-tsa) /hurry/ Ho tsamaya ka potlako; ho tsamaya kapelenyana; ho
nyathoha ka matjato. (bap. haba)
Habeletsane (ha-be-le-tsa-ni) /swift walker/ Motho ya tsamayang ka potlako; motho
ya matjato motsamaong wa hae. /bon. bohabeletsane/
Habile (ha-bi-le) /headed for, going towards/ Ho potlakela nqa e itseng kapelenyana
kapa ka potlako; ho ba boemong bo lebisitseng sebakeng se itseng ka ho bontsha
matjato. Bokgale ba ho haba. Mohl. Ebe o habile kae hoseng tje? Ba tsoile mona ba
habile nqa ya mosou wane.
Habo (ha-baw) /at his or her place/ Seemedi se supang lehae la mmuuwa; lentsoe le
bontshang hore sebaka ke sa mmuuwa kapa moetsuwa. Sebaka sa bo mmuuwa kapa
moetsuwa. (bap. heso, haka).
Habola (ha-bu-la) // Ho noa ka ho kgefutsa; ho noa ka ho emisa ka mora ho koenya.
Habuhabu (ha-bu-ha-bu) /oversize trouser/ Seaparo, haholo borikgoe, se seholo
hofeta monga sona; phahlo e kgolo haholo hofeta motho ya e apereng. /bon.
dihabuhabu/ (bap. Repherephe, habahaba).
Hadi (ha-di) /suffix/ Sehlongoanthao se hokeloang qetellong ya lereho kapa lebitso
ka sepheo sa ho bontsha boholo. Mohl. Botle=Botlehadi, Ngata=ngatahadi,
mpe=mpehadi, motho=mothohadi, jj.
Hadika (ha-di-ka) /fry/ Ho pheha sejo ka mollo ntle le metsi; ho tlabola sejo ka mollo
hore se butsoe; ho besa nama ka mollo feela ntle le metsi. (bap. tlabola).
Hadikela (ha-di-ke-la) /fry for/ Ketsetso ya ho hadika. Mael. Ha a di hadikela ho di
ja: o etsa ntho tse sa tloaelehang kapa tsa motho ya sa phelang hantle.
Hadikisa (ha-di-ki-sa) /to show scary signs/ Ho bontsha letsoalo ka ho shebisa
mahlo koana le koana; ho supa tshabo ka diketso tsa tsitsinyeho ya mahlo.
Hadima (ha-di-ma) /to thunder/ Ho duma hoa maru nakong tsa pula; ho etsa
modumo wa letsolo. (bap. lehadima, letsolo).
Hae (ha-i) /his, hers/ Seemedi se bontshang thuo ka ho supa ntho ya motho e
motshehadi kapa e motona. Lentsoe le bontshang hore thuo ke ya mmuuwa ha ho bua
mmuwi. (bap. hao). Moh. Ke ya mang? Ke ya hae. Hase ya hae .Ya hae e teng. Mael.
Monyala-ka-pedi o nyala wa hae: motho le ha e le mofutsana joang, o ntsha bonyane
boo a nang le bona ho nyala eo a mo ratang.
Hae (ha-e) /home/ Sebaka seo ho dulang motho ho sona; bodulo ba lelapa kapa batho;
moaho oo ho fumanoang batho ho ona. /bon. mahae/ (bap. lapeng).
Haeba (ha-e-ba) /if/ Ha ho sa etsahale ntho kapa ketso e itseng, ketsahalo e itseng e
tla etsahala; ka lehlakoreng leleng la boemo bo etsahalang ka lebaka la ketsahalo e
itseng. (bap. ebang).
Haebanyaneng (ha-e-ban-ya-ni-ng) /if/ Lentsoe le bontshang, ka ho toboketsa, hore
ha ho sa etsahale ntho kapa ketso e itseng, ketsahalo e itseng e tla etsahala; ka
lehlakoreng leleng ho tla etsahala se itseng ebang se sa phethahale. (bap. ebang) .
Haebo (ha-e-bo) /exclamation: phew!/ Lekgotsa kapa lentsoe le bontshang ho
makalla puo kapa ketsahalo e makatsang kapa e mpe. Tlh. Lekgotsa lena le sebedisoa
ke Basotho le morabe wa Bakone (nguni) ka ho tshoana: ha se le Bakone feela.
Haela (ha-e-la) /build for/ Ketsetso ya ho haela. (bap. ahela).
Haela (ha-e-la) /to build a nest/ Hoa nonyana: ho aha ntloana. Mael. Nonyana e haela
ka ditshiba tsa enngwe: motho o hloka thuso ya babang ho atleha kapa ho phethahatsa
seo a batlang ho se etsa.
Haelana (ha-e-la-na) /to be a neighbour/ Ho ba mabapi ka bodulo; ho aha sebakeng
se mabapi le sa ntho kapa motho emong; ho amana ka bodulo.
111
112
Haella (ha-el-la) /scarce, limited, few/ Ho hlokahala hoa ntho ya bohlokoa; ho ba sio
hoa ntho e molemo; ho ba ntle le. (bap. nyane).
Haelletse (ha-el-le-tse) // Bokgale ba ho haella.
Haelletsoe (ha-el-lets-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho haella.
Haelloa (ha-el-lwa) /to be short of/ Boetsuwa ba ho haella.
Haeloa (ha-el-wa) // Ketsetso ya ho haela: ho haha kapa aha bakeng sa. Mael.
Lentsoe la morena le haeloa lesaka: seo morena kapa motho e moholo a se buang se
tlameha ho ananeloa le ho hlonchoa.
Haeno (ha-e-nu) /at your place/ Seemedi se supang sebaka sa mmuuwa kapa
moetsuwa ntle le ho se hlalosa. Lentsoe le botshang thuo ya sebaka sa moetsuwa kapa
mmuuwa. (bap. Heno, mohaeno).
Haeno (//) /exclamation: go away!/ Lekgotsa le bontshang ho leleka kapa ho tebela
motho ka bohale. Mohl. Haeno ntja tooe!
Haesale (ha-i-sa-le) /ever since, never before/ Ho tloha ka nako e itseng, kgale.
Lentsoe le bontshang ho makalla ketsahalo e lebeletsoeng nako e telele empa esa
etsahale; ho kgotsa boemo ba ketso kapa ketsahalo e makatsang. Mohl. Ha ke so bone
bokgabane bo tjena haesale.
Haeso (ha-e-su) /at my place/ Seemedi se supang thuo ya sebaka ke mmuwi kapa
moetsi. Moo eleng sebaka sa mmuwi kapa moetsi. (bap. Heso, heno, mohaeso).
Haeya (ha-e-ya) /phenomenon, wonder/ Ketso kapa ketsahalo e akgang mohlolo,
dimakatso le meka mmoho le boqhetseke. /bon. dihaeya/ (mm. Haeea). Tlh. Lentsoe
lena, “haeya” le sebedisoa le le ka bongateng hangata.
Hafa (ha-fa) /to battle, struggle/ Ho hula ka thata; ho sokola. Mael. Ho hafa ka
nkatana: ho hula ka thata.
Hafola (ha-fu-la) /halve, divide/ Ho arola ka ho lekana. Tlh. Lentsoe lena ke leetsi
molata: hase lentsoe la Sesotho le ha batho ba bangata ba rata ho le sebedisa.
Hafolela (ha-fu-le-la) /divide for/ Ketsetso ya ho hafola. (bap. arolela).
Haggai (ha-ka-i) /haggai/ Buka ya bibele ya bomashome a mararo a metso e supileng
(37) testamenteng ya kgale. Tem. Haggai ke lebitso la moprofeta ya phetseng
dilemong tsa bo 520 pele ho tsoalo ya Kreste.
Hahaba (ha-ha-ba) /creep, crawl/ Ho tsamaya ka mpa; ho hosha ka bokatlase ba
mmele. (bap. kgasa).
Hahabela (ha-ha-be-la) /ambush/ Ho noanyetsa motho kapa ntho e itseng ka ho
hahaba. Ketsetso ya ho hahaba. (bap. nanarela, noanyetsa).
Hahabisa (ha-ha-bi-sa) /to drag down/ Ketsiso ya ho hahaba.
Hahabo (ha-ha-baw) /at her or his village or place/ Sebaka sa bo mmuuwa; moo
mmuwa a dulang, a hlahetseng kapa a tsoang teng.
Hahlamela (ha-hla-me-la) /to have an effect on/ Ho ba le tshutshumetso nthong e
itseng; ho ba le tlhotlholetso. (bap. Kgahlamela).
Hahlametse (ha-hla-me-tse) // Bokgale ba ho hlahlamela.
Hahlano (ha-hla-nu) /five times. fifth/ Ka palo e fetang bonne empa e le ka tlase ho
tshelela. Ka makgetlo a mahlano; ka ho feta bonne kapa nne. (bap. Bohlano).
Haholo (ha-ho-lo) /too much, more, greatly/ Ka tsela e tletseng sebaka; ka ho etsa
ka tsela e kgolo kapa e fetang tekanyo; e hlokang bonyane hohang; e tsahalang ka ho
fetisisa. (bap. hanyane).
Haholoanyane (ha-hu-lwan-ya-ni)/more especially when/ Ka tsela eo eleng
bohlokoa haholo halatela se batloang, se batloang ho tsejoa kapa se hlalosoang ebile
ho buuwa ka sona. (bap. haholoholo). (mm. haholwanyane).
112
113
Haholoholo (ha-hu-lu-hu-lu) /especially, very much, moreso/ Lentsoe le hlalosang
boemo bo boholo ba ntlha kapa ketsahalo eo ho buuwang ka yona ka ho toboketsa.
Haidisa (ha-i-di-sa) /granulate repeatly/ Ketsisiso ya ho haila. (bap. sidisisa).
Haidisitse (ha-idi-si-tse) // Bokgale ba ho haidisa.
Haidisitsoe (ha-idi-sits-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho haidisa.
Haila (ha-i-la) /granulate/ Ho sila kapa ho etsa ntho, haholo dijo thollo, hore di be
phofo; ho thuba ka ho etsa makumane a manyane haholo. (bap. sila).
Haisa (ha-is-a) // Ketsiso ya ho aha: ho thusa ho aha.
Haisana (ha-is-a-na) /to be neighbourly/ Boemo ba ho ahisana; ketso ya ho ba
moahisane kapa motho eo le phelang sebakeng seleseng, mmoho. Ketsetsano ya ho
ahisa. (bap. moahisane, boahisane).
Hajoale (ha-jwa-le) (hajwale) /now/ Ka ona motsotsoana, motsotso, hora, letsatsi
kapa nako yona ena eo ho buuwang ka yona. Honajoale. Tje ka ha re bua.
Haka (ha-ka) /wisdom tooth/ Leino le hlahang mothong pakeng sa dilemo tsa
boleshome le metso e tsheletseng (16) ho ya ho dilemo tse mashome a mabedi (20);
meno a tlhalefo. /bon. Dihaka.
Haka (ha-ka) /connect, tow/ Ho kopanya leteroko le mofuta o itseng wa
sepalangoang; ho hokela leteroko koloing bakeng sa ho huloa. Ho hula ka ketane kapa
thapo e thata. (bap. hokela).
Haka (ha-ka) /embrace/ Ho beha letsoho lehetleng la motho ka sesupo sa ho thaba
kapa lerato. Tlh. Lentsoe lena ke sothofatso ya lentsoe la senyesemane, “hug” ho ya
ka tlhaloso e fanoeng. (bap. fuparela, atlarela, tlapurela, mamarela).
Haka (ha-ka) /my place/ Moo mmuwi kapa moetsi a dulang teng; sebaka sa mmuwi.
Haka (ha-ka) /ensnare, trap/ Ho tshoasoa ke leraba, thapo kapa ntho e itseng.
Hakaakang (ha-ka-a-ka-ng) /how much/ Lentsoe le sebetsang joalo ka lebotsi le
batlang ho tseba ka sebopeho seo ntho e tlamehang ho etsahala ka yona. Mohl. A ko
bone hore e kgolo hakaakang! (bap. hakanakana, hakalekale, hakalokalo).
Hakaalo (ha-ka-alo) /that much/ Ka tsela e bontshang boholo kapa bonyane ba
ketsahalo kapa ketso; ka tsela e makatsang ha e hlalosoa. Mohl. Che, ke ne ke sa re o
e sututse hakaalo hle! (bap. hakalo).
Hakaalokalo (ha-ka-alo-ka- lo) /that very much/ Ka tsela e bontshang boholo kapa
bonyane ba ketsahalo kapa ketso ka ho toboketsa; ka tsela e makatsang. Mohl. Motho
eo hobaneng a ne a otloa hakaalokalo? Ha ke so bone tsotsi e muloa hakaalokalo!
Hakae (ha-ka-e) /how many times, how much/ Lebotsi le bontshang makgetlo a
ketsahalo ya ketso e itseng; lentsoe le botsang makgetlo a ketso e itseng. Mohl. O
batla ho kgalemeloa hakae? Ke hakae o joetsoa ntho e le nngwe mosadi tooe?
Hakala (ha-ka-la) /amok, bersek, maniacally, frenzy/ Ho bua kapa ho etsa diketso
tsa tshenyo, sephethephethe, bohlanya le dimakatso ka tsela e eketsehileng.
Hakalekale (ha-ka-le-ka-le) /this manner, this way/ Ka tsela e bontshang boholo
kapa bonyane ba ketsahalo kapa ketso ka ho toboketsa haholo; ka tsela e makatsang
ha e hlalosoa. Mohl. Che eseng hakalekale, ke kgathetse! Ha ke so bone motho ya
noang joala hakalekale.
Hakalo (ha-ka-lo) /that much/ Ka tsela e bontshang ho supa boholo, ho fela kapa
bonyane ba ketsahalo kapa ketso. (mm. hakaalo). Mohl. Ha o wa tlameha ho tella le
ha o le motle hakalo.
Hakalokalo (ha-ka-lo-ka-lo) /that much & that more/ Ka tsela e bontshang ho supa
boholo kapa bonyane ba ketsahalo kapa ketso ka ho toboketsa haholo; ka tsela e
makatsang ha e hlalosoa nakong e fetileng. (mm. hakaalokalo).
113
114
Hakana (ha-ka-na) /this much/ Ka tsela le mokgoa o boleloang; ka sebopeho se
hlalosoang ho ya ka boholo kapa bongata ba sona. Tlh. Lentsoe lena, “hakana” le
araba lentsoe, “hakae”.
Hakanakana (ha-ka-na-ka-na) /this much & this more/ Ka tsela e bontshang ho
supa boholo kapa bonyane ba ketsahalo kapa ketso ka ho toboketsa haholo; ka tsela e
makatsang ha e hlalosoa hona joale. (bap. hakalokalo).
Hakea (ha-ke-a) /trapped/ Ho tshoaseha kapa ho tshoasoa ke leraba kapa thapo kapa
ntho e itseng fatshe.
Haketse (ha-ke-tse) /bersek, in frenzy/ Bokgale ba ho hakala: e bontshang ho hakala.
Hakisa (ha-ki-sa) // Ketsiso ya ho haka: ho thusa ho kopanya leteroko le mofuta o
itseng wa sepalangoang. Ho thusa ho fasa bakeng sa ho hula ka ketane kapa thapo e
thata. (bap. hokela).
Hakoa (ha-kwa) // Boetsuwa ba ho haka.
Hakolla (ha-kul-la) /disconnect/ Ketsollo ya ho haka: ho etsa hore ho tshoarana kapa
ho kopana ho fele. (bap. lokolla).
Hakolla (//) /correct/ Ho thusa ho lokisa phoso; ho fana ka karabo e nepahetseng
bakeng sa potso e thata. Mohl. Che-bo monna heso, e re ke o hakolle. Ke mang ya tla
o hakolla ha o sa hakolloe ke nna?
Hakollo (ha-kul-law) /disconnection/ Ketso ya ho hakolla: ho etsa hore ho tshoarana
kapa ho kopana ho fele. (bap. khakollo, lokolla).
Hakollo (//) /correction/ Ketso ya ho hakolla kapa ho thusa ho lokisa phoso; ho fana
ka karabo e nepahetseng bakeng sa potso e thata. (mm. Khakollo).
Hakolloa (ha-kul-lwa) /corrected, disconnected/ Boetsuwa ba ho hakolla.
Hakollotse (ha-kul-lo-tse) // Bokgale ba ho hakolla.
Hakollotsoe (ha-kul-lots-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho hakolla.
Hakotsa (ha-ku-tsa) /fatten/ Ho etsa hore ntho kapa motho a be motenya; ho nontsha
kapa ho ba le mmele o moholo.
Hakotse (ha-ku-tsi) /fat/ E tenya, e nonneng, e nang le mmele o motenya; e shahlilng
sebopehong sa mmele. (bap. nonne, tenya).
Halakahla (ha-la-ka-hla) /exclamation: is a goal!/ Lekgotsa le bontshang ho kena
ntlha ya tlholo papading ya bolo. (bap. lalla!).
Halaala (ha-laa-la) /exclamation: there it is! He is, she is!/ Lekgotsa le sebedisoang
ho mohlodi ho toboketsa tlholo ya hae ka ho hoeletsa. Mohl. Halaala Mandela
halaala! Halaala Moshoeshoe halaala! (bap. Nqenqethia).
Hala-halaala (ha-la-ha-laa-la) /exclamation: what an event!/ Lekgotsa le
sebedisoang ho mohlodi ya qetang ho fihla ka ho toboketsa tlholo ya hae ka ho
hoelehetsa. Mohl. Hala-halaala mmampodi!!
Halala (ha-la-la) /undermine/ Ho nyatsa ka baka la bonyane kapa boemo; ho nkela
tlase haholo; ho bontsha lenyatso. Mael. Mpho ha e halaloe: se fanoang ntle le tefiso
se amoheloa le ha se le senyane kapa se sa kgahle hakaalo.
Halala (ha-la-la) /exclamation: viva!/ Lekgotsa le sebedisoang nakong tsa
boipelaetso kapa mehoanto ka ho le bitsa bakeng sa ho tshihetsa motho kapa mokga o
itseng. Mohl. Halala Mandela halala! halala Leabua halala! (bap. Nqenqethia).
Halala-halala (//) /exclamation: hala-hala-hala-hala!/ Lekgotsa le sebedisoang ho
bontsha phetoho ya ketsahalo ka mora tlholo e itseng ka ho hoelehetsa.
Halalela (ha-la-le-la) /holy, sacrosant/ Ho ba le moya wa Modimo; ho etsa ketso tsa
semoya; ho ba boemong bo phethahetseng ba sedumedi.
Halaletsa (ha-la-le-tsa) /to make holy/ Ho etsa hore motho a halalele; ketsiso ya ho
halalela. (bap. hlohonolofatsa) (mm. Khalaletso).
114
115
Halaloe (ha-la-lwi) /undermine, underestimate/ Boetsuwa ba ho halala.
Halapetsa (ha-la-pe-tsa) // Ho bua ka mahalapa. (bap. Kgalapetsa).
Halapetso (ha-la-pe-tso) // Ketso ya ho halapetsa kapa ho bua ka mahalapa. (bap.
Kgalapetso).
Halefa (ha-li-fa) /to go angry/ Ho hloka thabo ka ho bua ka bohale; ho bua ka ho
phahamisa lentsoe ka baka la ho kgena; ho bontsha bosio ba monyaka ka diketso le
dipuo tse itseng. (bap. kwata).
Halefela (ha-li-fe-la) // Ketsetso ya ho halefa.
Halefisa (ha-le-fi-sa) /infuriate/ Ketsiso ya ho halefa: ho etsa hore motho kapa ntho e
halefe kapa e hloke thabo. Ho hlokisa monyaka. (bap. kwatisa).
Halefisoa (ha-le-fi-swa) /angered, infuriated/ Boetsuwa ba ho halefa.
Halefote (ha-le-fo-te) /share cropping/ (sheb. Dihalefote bakeng sa tshebediso).
Hama (ha-ma) /to milk/ Ho ntsha lebese kgomong kapa phoofolong e ruuwang; ho
pepeta letsoele bakeng sa ho ntsha lebese. (bap. antsha, anyisa).
Hama (ha-ma) /to drain, tax/ Ho ja motho chelete; ho jalletsa ka ho nkela chelete
kapa ntho hofihlela motho a hloka. Ho etsa hore motho a sale a hloka ka ho mo nkela.
Hamela (ha-me-la) // Ketsetso ya ho hama: ho etsetsa ho hama.
Hamole (ha-mu-le) /male sheep/ Nku e faotsoeng. /bon. Dihamole/. (bap. Thotolo,
pheleu)??
Hamorao (ha-mu-ra-u) /later/ Nako e latelang ya joale: ka mora metsotso, dihora,
matsatsi kapa beke e tlang kapa e tla latela. (bap. mmamorao, morao).
Hamore (ha-mu-re) /hammer/ Sesebedisoa sa tshepe se boima se sebedisoang
bakeng sa ho kokotela kapa ho thuba. /bon. dihamore/ (bap. chesele).
Hampe (ham-pe) /badly/ Ka tsela e hlokang botle; ka tsela e mpe; ka tsela e sa
kgahlising kapa e sa rateheng.
Hana (ha-na) /to refuse/ Ho se dumele; ho se dumellane le puo kapa taelo; ho ba
kgahlanong le ketso e itseng.
Hana (ha-na) /by the way/ Ka tsela kapa sesupo se itseng se botsang mmuiswa kapa
moetsuwa. Mohl. Hana wena o wa ha mang? Hana lona le batla eng mona
Basothong? Hana Sesotho se na le mantsoe a makae ka palo? Hana ke mang ya neng
a re Basotho ba hloka patlamantsoe?
Hanana (ha-na-na) /incompatible, in disagreement/ Ketsetsano ya ho hana: ho se
dumellane ka ketso, puo, mokgoa le tloaelo. Ho se kgeme mmoho.
Hane (ha-ne) /four times/ Ka makgetlo a fetang boraro; ka makgetlo a ka tlase ho
bohlano kapa hlano. (bap. Hanne, bonne, senne).
Haneha (ha-ne-ha) /unable/ Ketsahalo ya ho hana: ho sa loke; ho le thata kapa ho sa
kgonahale ho phethisa ketso e itseng. Mohl. Che, ho a haneha ngoaneso!
Hanela (ha-ne-la) /refuse, disallow/ Ho thibela motho kapa ntho ho etsa ketso e
itseng; ho se fane ka tumello.
Hanella (ha-nel-la) /bar/ Ho dula sebakeng ka ho se batle ho tloha, sutha kapa ho
tsitsinyeha; ho etela sebaka kgafetsa kapa nako le nako.
Haneo (ha-ne-aw) /exclamation: stop cow stop!/ Lekgotsa le sebedisoang ho laela
seruuwa kapa kgomo e pannoeng ho ema ho se tsoele pele ka ho tsamaya.
Haneo (ha-ne-aw) /brake/ Tshepe e emisang sepalangoang. Se kginang ntho e
tsamayang joalo ka sepalangoang; se etsang hore ntho e tsamayang e eme kapa e se
tsoele pele ka ho thella, lepella le ho matha. /bon. Dihaneo/ (bap. Sekgini).
Hanetse (ha-ne-tsi) /refused/ Bokgale ba ho hanela.
Hang (ha-ng) /immediately after/ Kapelenyana ka mora ketso kapa ketsahalo eo ho
buuwang ka yona. Mohl. Hang ka mora hore a hlokahale, mosadi wa hae a nyaloa.
115
116
Hang ka mora hore dipuo di nyahlatsoe, morusu wa qala hape. Tlh. Mantsoe,
“hanghang” mmoho le “hang” a na le meelelo e fapaneng haholo.
Hangata (ha-ng-ata) /frequently, many times/ Ka makgetlo a mangata kapa a fetang
bonngwe; ka ho etsahala nako le nako kapa joalo joalo.
Hanghang (ha-ng-ha-ng /immediately, suddenly, at once/ Kapelenyana ka ho
potlaka; ka ho panya hoa leihlo; hona joale ntle le tshenyo ya nako. Tlh. Mantsoe,
“hanghang” mmoho le “hang” a na le meelelo e fapaneng haholo.
Hanne (han-ne) /four times/ Ka makgetlo a fetang boraro; ka makgetlo a ka tlase ho
bohlano kapa hlano. (bap. Bonne, senne, hane).
Hanne (han-ne) /refused, objected/ Bokgale ba ho hana.
Hanoa (han-wa) /rejected, revoked/ Boetsuwa ba ho hana: ho se batloe kapa ho
latoleloa; ho latoloa kapa ho ntshoa. (bap. mohanuwa).
Hanong (ha-nu-ng) /interruptingly/ Ho bua pele mmuwi a qeta ho bua; ho kena
dipakeng pele mmuwi a qeta puo ya hae. Mohl. Ke ha a nkena hanong pele ke qeta.
Hanong (ha-nu-ng) /mouth inside/ Bokahare ba lehano; kahare ho molomo. Mael.
Ho kolla ntshi hanong: ho sotleha kapa ho fumaneha haholo.
Hantle (han-tle) /well, perfecly, niecely, fine/ Ka tsela e lokileng; ka mokgoa o
nepahetseng; ka sebopeho se hlokang phoso kapa bobe.
Hantlentle (han-tle-ntle) /actually/ Ka tsela ya nnete kapa bonnete; ka sesupo se
bontshang bonnete kapa nepahalo ya ketsahalo le puo.
Hanetsa (ha-ne-tsa) /oppose/ Ho thibela ho etsa ketso e itseng; ho se dumelle ho nka
bohato; ho se dumellane le. (bap. kganyetso, khanyetso).
Hanyane (han-ya-ne) /little way, less, slowly/ Ka tsela eseng kgolo; ka tsela e nyane;
ka tsela e bontshang ho hloka matjato le botio.
Hanyetsa (han-ye-tsa) /contradict, counter, defy, resist, against/ Ho se dumellane
kapa ho se tsamaisane le; ho ba kgahlanong le; ho hana taelo kapa ntlha kemo ya.
Hanyetsana (han-ye-tsa-na) /contradict, against, oppose/ Ketsetsano ya ho
hanyetsa: ho se dumellane kapa ho se tsamaisane le; ho ba kgahlanong le, ka ho
etsetsana kapa ho etsisana; ho hana taelo kapa ntlha kemo ya.
Hao (ha-u) /yours/ Seemedi se bontshang hore thuo ke ya mmuwisoa kapa moetsuwa;
lentsoe le bontshang hore ntho ke ya mang. Moh. Wa hao moratuwa. Wa hao ngwana
Hao (ha-u) /exclamation: is it! Is that so!/ Lekgotsa le bontshang ho makala kapa ho
makatsoa ke sephetho sa ketsahalo, puo kapa ketso e itseng. Mohl. Hao banna,
Mosala o hlokahetse re ne re na le yena maobanyana moo!
Haola (ha-o-la) /trek/ Ho tsamaya le dithota, naha kapa sebaka ka sepheo sa ho
batlana le ntho e itseng. (bap. mohaodi, mohahlaodi).
Haula (ha-u-la) /poignant, sad/ Ho utloisa bohloko ka baka la boemo kapa ketsahalo
e etsahalang ho motho; ho bakela kutloelo bohloko. Mohl. Ngoana enoa o wa haula
bathong!
Hapa (ha-pa) /conquer, subjugate, capture, seize/ Ho hlola ntoeng; ho nka ka ntoa
kapa dikgoka; ho nka ka mahahapa. (bap. hlola). Mael. Ho hapa pelo: ho kgahla kapa
kgahloa ke motho emong.
Hape (ha-pe) /again/ Lekgetlo leleng; ka mora nako e latelang.
Hapehape (ha-pe-ha-pe) /time and again, timeously/ Ka lekgetlo leleng le tenang
kapa le nang le setena; ka nako le nako ntle le kgefutso.
Hapeletsa (ha-pe-le-tsa) /force, coerce/ Ho etsisa ka nkane kapa ka dikgoka; ho baka
hore emong a etse ketso a sa ikemisetsa. Tlh. Lentsoe lena le utloahala joalo ka la puo
ya Setswana kapa Sepedi. (bap. qobella).
116
117
Hapella (ha-pel-la) /conquer with/ Ho nka mmoho le; ho nka ka ntoa kapa dikgoka
mmoho le; ho nka ka mahahapa mmoho le.
Hapile (ha-pi-le) // Bokgale ba ho hapa.
Hapiloe (ha-pi-lwe) /conquered/ Boetsuwa le bokgale ba ho hapa.
Hapisa (ha-pi-sa) /help to conquer/ Ketsiso ya ho hapa: ho thusa ho hapa.
Hapjoa (hap-jwa) /conquered/ Boetsuwa ba ho hapa: ho nkoa ka mahahapa.
Hara (ha-ra) /amongst, among/ Sebaka se pakeng tsa ntho tse pedi; bohareng ba
dintho tse itseng; bohareng ba ketsahalo kapa ketso. (bap. pakeng).
Hara (har-a) /enfold, fold/ Ho phutha maoto ka tsela e itseng; ho dula ka ho sotha
maoto; ho sothaka maoto ka ho dula.
Haraka (ha-ra-ka) /to rake/ Ho tlosa dithole kapa matlakala ka haraka.
Haraka (ha-ra-ka) /a rake/ Sesebedisoa sa ho tlosa matlakala le dithole; sesebedisoa,
seka lefielo se sebedisoang ho fiela ka ho hohola matlakala kapa dithole. /bon.
diharaka/.
Hararo (ha-ra-ru) /thrice/ Ka makgetlo a fetang bobedi kapa pedi; ka makgetlo a ka
tlase ho bone kapa nne.
Hare (ha-re) /deep end/ Sebaka se potelletsaneng kapa se hole bakeng sa ho fihleloa;
sebaka se hole ka baka la ho se fihlellehe hoa sona; sebaka se ipatileng kapa se
patehileng.
Harela (ha-re-la) /roll around/ Ho pota mmele ohle kapa karolo; ho ba nqa tsohle
kapa sebakeng se itseng sa mmele ka ho thatela; ho dika ntho e itseng.
Hareng (ha-ri-ng) /cotton/ Sesebedisoa sa ho roka kapa ho kopanya seaparo;
sesebedisoa seka kgoele se sebedisoang le nalete bakeng sa ho roka kapa ho etsa
diphahlo. /bon. dihareng/.
Harepa (ha-re-pa) /harp/ Seletsa sa mmino se entsoeng ka maballo a kgutlo tharo
mmoho le maseka le sekupu. /bon. diharepa/ (sheb. diletsa).
Harese (ha-ri-si) /barley/ Semela, seka koro, seo hlooho tsa sona kapa dithotse di
sebedisoang joalo ka sejo kapa ho etsa mofuta wa joala. /bon. diharese/.
Harobedi (ha-ru-be-di) /eight times/ Ka makgetlo a fetang bosupa kapa supa; ka
makgetlo a ka tlase ho borobong kapa robong. (bap. Borobedi).
Harobong (ha-ru-bu-ng) /nineth/ Ka makgetlo a fetang borobedi kapa robedi; ka
makgetlo a ka tlase ho leshome. (bap. Borobong).
Harola (ha-ru-la) /devour/ Ho hlasela ka ho ntsha dinama; ho bolaya ka ho
kopakopanya ditho tsa mmele; ho hlasela ka ho sebedisa meno a bohale.
Harolaka (ha-ru-la-ka) /to devour repeatly/ Phetako ya ho harola: ho harola ka
makgetlo a mangata.
Hasa (ha-sa) /spread/ Ho isa hohle ka bongata; ho isa dibakeng tse ngata. Ho lebisa
nqa tse fapaneng ka moya kapa ka ntho e itseng. Ho jala ditaba tse molemo kapa tse
mpe dibakeng tse fapaneng. Ho hlahisa puo e mabapi le ketsahalo e itseng ka ho
bolella bongata ba batho.
Hasahasa (ha-sa-ha-sa) /to gossip/ Ho bua hampe ka motho kapa ntho bosiong ba
yona; ho bua ka lebitso la motho hampe ntle le nnete kapa bonnete.
Hasahasa (//) /propagandize/ Ho bua kgahlanong le mokga o mong wa sepolotiki
hampe ka ho etsa hore mokgoa wa heno o hlole; ho bua hantle ka mokgatlo kapa
mokga wa heno le ha nnete e le sio; ho bua ka lebitso la motho, moetapele kapa naha,
hampe ntle le nnete. (bap. khasakhaso, feteletsa, pheteletso).
Hasaka (ha-sa-ka) /spread repeatly/ Phetako ya ho hasa.
Hasana (ha-sa-na) /disperse/ Ketsetsano ya ho hasa: ho tloha kapa ho tsamaya ka ho
arohana; ho tloha ka ho ya dibakeng tse fapaneng. (bap. phasalla).
117
118
Hasane (ha-sa-ne) /scattered/ E boemong bo tletseng sebaka kaofela; tse tletseng
hohle; e bonoang hohle moo leihlo le bonang teng.
Hasane (ha-sa-ne) // Bokgale ba ho hasa.
Hasanya (ha-san-ya) /disperse/ Ketsetso ya ho hasa: ho baka hore dintho di hasane.
Hase (ha-se) /orphan animal/ Phoofolo ya kgutsana: e hlokang mma yona mmoho le
ntata yona. /bon. dihase/ (bap. kgutsana).
Hasupa (ha-su-pa) /seventh/ Ka makgetlo a fetang botshelela kapa tshelela; ka
makgetlo a ka tlase ho borobedi kapa robedi. (bap. Bosupa).
Hata (ha-ta) /trample/ Ho beha leoto hodima; ho beha mmele kapa boima hodima.
Hata (ha-ta) /to step/ Ho tsamaisa leoto ka tsela e kgahlang; ho tsamaya ka
bokgabane kapa ka potlako. (bap. Mohato, seqi). Mael. Ho hata kosene: ho tsamaya
kapa ho tloha sebakeng. Mael. Ho hatisoa kosene: ho lelekoa kapa ho ntshoa
mokgatlong kapa tsebeletsong; ho tebeloa. Mael. Ho hata motho direthe: ho potlakisa
emong; ho etsa hore motho a phakise ho etsa ketso e itseng.
Hatakela (ha-ta-ke-la) // Phetako ya ho hata: ho hata ha ngata.
Hatakeloa (ha-ta-ke-lwa) /defeated/ Boetsuwa ba ho hatoa: ho hloloa ntoeng kapa
papading ya tlhodisano ka tsela e mpe haholo. (mm. Hatakelwa).
Hatakoa (ha-ta-kwa) // Boetsuwa ba ho hataka: ho hatoa hangata kapa ka makgetlo.
Hatella (ha-tel-la) /oppress, depress, crutch/ Ho phedisa ha bohloko ka ho isa tlase
kapa ho etsa diketso tse hlokang botho kapa setho; ho hodisa motho ka thata.
Hatikela (ha-ti-ke-la) // Ketsisiso ya ho hata: ho netefatsa ho hata.
Hatisa (ha-ti-sa) /mislead/ Ketsiso ya ho hata: ho etsa hore motho kapa ntho e etse
diketso tse tsoileng tseleng.
Hatisa (//) /print/ Ho etsa mongolo wa lesedinyane, bukeng kapa pampiring ka ho
etsa qopitso tse ngata.
Hatisa (//) /sign/ Ho ngola ka ho etsa sesupo sa hore o mang; ho etsa mongolo wa
boitlhaloso, bopaki kapa boitsebiso. (bap. tekena).
Hatisisa (ha-ti-si-sa) // Ketsisiso ya ho hatisa.
Hatisoa (ha-ti-swa) // Boetsuwa ba ho hata. Mael. Ho hatisoa kosene: ho lelekoa
kapa ho ntshoa mokgatlong kapa tsebeletsong; ho tebeloa.
Hatlela (ha-tle-la) /wash hands/ Ho hlatsoa matsoho: ho etsa hore matsoho kapa
letsoho le hloeke ka ho potisa kapa ho pikitla ka metsi. Ho hloekisa seatla.
Hatoha (ha-tu-ha) /untrample/ Ketsollo ya ho hata: ho tlosa leoto kapa boima ho se
hatiloeng kapa se hatelletsoeng. (mm. Hatoa).
Hatsedisa (ha-tse-di-sa) // Ketsiso ya ho hatsela: ho etsa hore ntho kapa motho a
hatsele kapa a hloke mofuthu o hlokahalang. Tlh. Lentsoe le nepahetseng haholo ke,
“hatsetsa” hofeta “hatsedisa”.
Hatsela (ha-tse-la) /to be cold/ Ho ba le kutlo kapa maikutlo a ho bata kapa ho phola;
ho hloka mofuthu kapa mocheso o hlokahalang.
Hatsetsa (ha-tse-tsa) /to cause to be cold/ Ketsiso kapa ketsetso ya ho hatsela: ho
etsa kapa ho baka hore motho kapa ntho e hatsele: e be le ho bata. (bap. sehatsetsi).
Haufi (ha-u-fi) /near/ Pela ntho kapa motho; mabapi le.
Haufi (//) /soon, sooner, recent/ Ya nako eseng hole: e ka etsahalang neng kapa
neng; e ka nnang ya etsahala ho tloha hona joale. Eo eleng nakoana e etsahetse.
Haufinyana (ha-u-fin-ya-ne) /nearer/ Haufi haholo; pela ntho kapa motho haholo.
Haufinyane (ha-u-fin-ya-ni) /sooner, recently/ E ka etsahalang hona joale ka ho
panya hoa leihlo; e sa tsoa etsahala kapa e makgatheng a ho etsahala neng kapa neng.
Haufiufi (ha-ufi-ufi) /sooner, very soon/ E ka etsahalang hona joale ka ho panya hoa
leihlo; e makgatheng a ho etsahala neng kapa neng.
118
119
Hauha (ha-u-ha) // Ho utloela bohloko ka ho etsetsa ketso e itseng.
Hauhela (ha-u-he-la) /to pity/ Ketsetso ya ho hauha. Ho bontsha mohau kgahlanong
le. Ho bontsha mosa kgahlanong le.
Hauhelana (ha-u-he-la-na) // Ketsetsano ya ho hauhela.
Haula (ha-u-la) /poignant/ E utloisang bohloko ka baka la boemo ba yona; e llisang
ka baka la boemo kapa chebahalo ya teng; a bakang mahlomola. (bap. hlomola).
Haulana (ha-u-la-na) /miserable, poignant/ Ketsahalo ya ho haula: ho utloisa
bohloko ka baka la boemo kapa sebopeho se itseng. Ho ama maikutlo ke pono e mpe
e etsahalang ho motho emong. Mohl. Baahi ba naha ya Zimbabwe ba haulana ka
lebaka la maemo a naha ya bona ya joale. Ngoana enoa o wa haulana ka baka la ho
lahleheloa ke batsoadi.
He (her) /so/ Lebotsa le qetellang potso ka ho toboketsa le ho bontsha puo e hlokang
tlhompho. Mohl. o reng he?
He (her) // Le ha ho le joalo. Tem. Lentsoe lena, “he” hangata le sebedisoa ho
bontsha tello. Mohl. Ke tla tsamaya he! Nka chelete ya hao he!
Hebehebe (he-be-he-be) /broad, wide/ Hoa mmila kapa tsela: e sephara ka
mahlakoreng; e bulehileng ka mathoko; e tenya ka sebopeho.
He-banna (he-ban-na!) /exclamation: oh boy!/ Lekgotsa le bontshang ho makalla
puo, ketsahalo kapa ketso e itseng. (bap. banna-we! Basadi!).
Hehla (he-hla) /orate/ Ho bua ka bokgabane kapa ka makgethe.
Hei (he-i) /exclamation: hey!/ Lekgotsa le bontshang ho bitsa motho a le hole ka ho
bontsha tello. (bap. hela). Mohl. Hei wena Motlatsi, atamela koano!
Heke (he-ke) /gate/ Sebaka seo ho kenoang ho sona sa motero kapa serapana; moo ho
kenoang teng ha ho uwa lapeng. /bon. diheke/ (bap. mokoallo).
Hela (he-la) /prune, cut grass, mow/ Ho poma joang; ho faola mohloa.
Hela (he-la) /exclamation: hey you!/ Lekgotsa le sebedisoang ho bitsa motho ka ho
bontsha tello. Mohl. Hela wena Mopheme, tloha moo o tla wela!
Helang (he-la-ng!) /exclamation: what a surprise!/ Lekgotsa le sebedisoang, haholo
ke motho e motshehadi, ho bontsha ho makatsoa ke ketso kapa puo e itseng.
Helang-bo (he-la-ng-bo!) /exclamation: guess who is talking!/ Lekgotsa le
sebedisoang, haholo ke motho e motshehadi, ho bontsha ho makatsoa ke ketso kapa
puo e itseng ka ho toboketsa. (bap. haebo). Mohl. Helang-bo! Bonang ke mang ya
buang hle! Helang-bo le wena o tseba sekgowa!
Hele (he-le) /exclamation: wow!/ Lekgotsa le bontshang ho ananela taba tse monate
kapa tsa bohlokoa. Mohl. Hele banna, ya tla ba ntle taemane ena! Hele! Ngoana a tla
ba motle basadi! Hele! Ha ke so bone botle bo bokalo! (bap. kgidi! Kgele!).
Helea (hi-li-a) /slide/ Ho wa hoa mobu, majoe kapa mafika thabeng, selomong,
lengopeng kapa letsoapong. (bap. wela) (sheb. Heleha bakeng sa tshebediso).
Heleditse (he-le-di-tse) /demolished/ Bokgale ba ho heletsa.
Heleha (he-le-a) (helea) /slide/ Ho wa hoa mobu, majoe kapa mafika thabeng,
selomong, lengopeng kapa letsoapong. (bap. wela).
Helehelele (hele-he-lele!) /exclamation: here comes the winner!/ Lekgotsa le
bontshang tlholo ya motho ya sa tsoa hlola. Lekgotsa le sebedisoang bakeng sa ho
ithoka. Mohl. Helehelele wena kgethedi ya nkgethe sekgetha makgetha! Le ha lona
ba ha makgetha le kgethile! Helehelele wena mosia motobatsi!
Helele (he-le-le) /hi! Hallow!/ Lentsoe le sebedisoang ho dumedisa ka tsela e sa
bontsheng botio nako efe kapa efe. Mohl. Helele moshana! Helele weso!
Heletsa (he-le-tsa) /demolish/ Ho dia kapa ho isa fatshe ka sepheo sa ho senya
moaho; ho diela moaho fatshe.
119
120
Heletsaka (he-le-tsa-ka) /to demolish repeatly/ Phetako ya ho heletsa.
Heletsako (he-le-tsa-kaw) /repeat demolition/ Ketso ya ho heletsa.
Heletsoa (he-lets-wa) // Boetsuwa ba ho heletsa.
Hema (he-ma) /breath/ Ho ntsha le ho kenya moya ka nko; ho bontsha bophelo ka ho
phefumoloha. (bap. phefumoloha).
Hemela (he-me-la) /resusitate/ Ketsetso ya ho hema: ho phedisa motho kapa ntho ka
ho fa moya; ho tsosa motho ya makgatheng a ho shoa ka ho fa moya.
Hemela (he-me-la) /influence/ Ho etsa hore ntho kapa motho a etse diketso tsa
emong; ho susumetsa motho ho etsa tloaelo le mokgoa wa emong. (bap. susumetsa).
Hemesela (he-me-se-la) /short breath, to pant/ Ho felloa ke moya; ho hema joalo ka
motho ya nang le lefu la matshoafo. Ho hema haholo ka mora ketsahalo e tshosang,
ho matha kapa ka mora ho loana.
Hemisa (he-mi-sa) /resusitate/ Ketsiso ya ho hema: ho fana ka moya ho motho ya
akgehileng; ho tsosa motho ya idibaneng ka ho mo fa moya.
Hena (hi-na) /irk, trouble, meddle/ Ho sokodisa motho ka ho mo tshoara tshoara; ho
ama kapa ho thetsa ka tsela e tenang. (bap. hlopha).
Henahena (hi-na-hi-na) /to irk repeatly/ Phetako ya ho hena: ho sokodisa motho ka
ho mo tshoara tshoara ka makgetlo; ho ama kapa ho thetsa motho ka tsela e tenang ka
ho pheta ketso eo. (bap. hlopa).
Henahenana (he-na-he-na-na) // Ketsetsano ya ho henahena.
Henaka (he-na-ka) // Phetako ya ho hena: ho hena ka makgetlo a mangata.
Henngoe (hen-ng-we) /breathed, inhaled/ Boetsuwa ba ho hema.
Heno (he-nu) /at your place, homestead/ Seemedi se bontshang thuo ka ho supa
sebaka sa mmuiswa; sebaka sa mmuiswa kapa moetsuwa. (bap. habo).
Heso (he-su) /at my place, homestead/ Seemedi se bontshang thuo ka ho supa sebaka
sa mmuwi kapa moetsi; sebaka sa mmuwi kapa moetsi.
Hetla (he-tla) /look back/ Ho sheba morao; ho lebisa molala le hlooho morao; ho
tadima se ka morao. (bap. retoloha).
Hetlantsho (he-tlan-ts-hu) /Eurasian Golden Oriole/ Mofuta wa nonyana e
tshehlana, e mahlo a makgubedu, e mapheo a matshoana; e fumanoang haholo
merung ya difate tse telele, tse kgolo; e iphepang haholo ka ditholoana le
dikokoanyana, ebile e rata metsi haholo. /bon. dihetlantsho/. (mm. sebabolehetlantso).
HETLANTSHO (HETLA-NTSO)
Hetse (he-tse) /mowed, pruned/ Bokgale ba ho hela. (bap. Faola).
Hetsoe (he-tswe) /cut, mowed, pruned/ Boetsuwa le bokgale ba ho hela.
Hiba (hi-ba) /touch and go/ Ho thetsa motho ka letsoho ebe ya thetsang o wa baleha
hofihlela le yena a thetsoa. Ho etsa papapadi ya dihibo. (bap. dihibo).
Hibana (hi-ba-na) /to touch each other/ Ketsetsano ya ho hiba.
Hibile (hi-bi-le) // Bokgale ba ho hiba.
Hibiloe (hi-bi-lwe) // Boetsuwa le bokgale ba ho hiba.
Hla (hla) // Moh. Ka hla ka potlaka. Ka hla ka hana.
120
121
Hlaba (hla-ba) /slaughter, stab/ Ho kenya thipa, lerumo kapa ntho e motsu, e
bolayang nameng ya phoofolo kapa ntho e phelang ka sepheo sa ho bolaya. Mael. Ho
di hlaba malotsana: ho elellisoa; ho hlokomedisa; ho eletsa; ho hlaha leseding; ho fa
maele kapa maelana; ho bontsha kapa ho hlalosetsa ka botlalo.
Hlaba (hla-aba) /red and black colour/ Mmala o motsho le o mokgubedu; mmala wa
phoofolo e kgubedu e kopantseng le botsho. Bokgunong bo kopantseng le botsho.
Hlaba (hla-ba) /score a goal/ Ho kenya ntlha papading; ho etella pele ka ho kenya
ntlha papading tsa ditlhodisano kapa tsa boithabiso.
Hlabahlabane (hla-ba-hla-ba-ne) /mexican poppy/ Mofuta wa semela se hlaha sa
naheng, seo mahlaku a sona a nang le meutloa, se hlahisang dithunthuru tse
kgubetsoana, seo hangata se sebedisoang joako ka moriana. /bon. dihlabahlabane/.
Hlabaka (hla-ba-ka) /stab repeatly/ Phetako ya ho hlaba: ho hlaba ka makgetlo a
mangata ka sepheo sa ho bolaya.
Hlabana (hla-ba-na) /of a female animal: red and black colour/ Mmala wa kgomo
kapa phoofolo e tshehadi o kopantseng botsho le bokgubedu kapa bokgunoana le
botsho.
Hlabana (hla-ba-na) /slaughter each other/ Ketsetsano ya ho hlaba: ho hlaba
moetsuwa ke moetsi, le moetsi a hlabe moetsuwa.
Hlabeha (hla-be-ha) /get angry/ Ho kgena kapa ho hloka thabo; ho kwata kapa ho
lahleheloa ke lethabo; ho hloka monate pelong. Ho lahleheloa ke thabo.
Hlabehile (hla-be-hi-le) /furious/ Ya kgenneng haholo; ya hlokang thabo ebile a
bonahala a koatile. Ya hlokofetseng haholo.
Hlabehisa (hla-be-hi-sa) /to anger, infuriate/ Ketsiso ya ho hlabeha: ho utloisa
emong bohloko ka ho etsa diketso tse sa rateheng; ho kgentsha ka mantsoe a mabe.
Hlabela (hla-be-la) /to make an offering/ Ketsotso ya ho hlaba: ho etsa mokete wa
badimo ka ho hlaba seruuwa. Ho etsa sehlabelo.
Hlabisa (hla-bi-sa) // Ketsetso ya ho hlaba: ho thusa ho hlaba. Mael. Ho hlabisa
bohadi: mokete wa lenyalo ka mora hore monyadi a qete tefello (bohadi) ho ba ha bo
monyaduwa, oo ho ona ho hlajoang kgomo mme ba bo mosadi le monna mmoho le
bamemuwa ba keteke ka ho etsa diketso tse amanang le keteko eo.
Hlabisoa (hla-bi-swa) // Boetsuwa ba ho hlaba.
Hlabolla (hla-bul-la) /rehabilate, reintergrate, reinvigorate/ Ho tlisa maemo a
lokileng ho motho ya kgohlahetseng; ho lokisa boemo bo bobe ba senokoane; ho
fedisa tloaelo e mpe ya lekgoba la sethethefatsi kapa tai; ho tlisa botle ho motho ya
mekgoa e mebe.
Hlabula (hla-bu-la) /summer/ Nako ya selemo e pakeng tsa kgoedi ya Tshitoe le
Tlhakola; nako ya selemo ya mocheso le dipula tse ngata e lateloang ke Hoetla ha e
hlalosoa ka boroa ba lefatshe.
Hladuwe (hla-du-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho hlala.
Hlafuna (hla-fu-na) /chew/ Ho thuba kapa ho choatla sejo ka meno; ho sila sejo ka
meno le thuso ya leleme. (bap. koenya).
Hlaha (hla-ha) /wild, ferocious, fierce/ E hlokang setsoalle; e kotsi ebile eka bolaya;
eo e sa thapiseheng; e sa tloaeleng batho kapa hae. Hoa motho: ya diketso tsa naha; ya
hlokang botsoalle; ya pelompe haholo.
Hlaha (hla-ha) /dry grass/ Joang bo ommeng boo ha bo chesoa bo tukang ha bonolo;
joang bo boholo bo omeletseng. /bon. Dihlaha/ (bap. lehoko).
Hlaha (hla-ha) /appear, emerge/ Ho bonahatsa tshobotsi kapa sebopeho; ho bonahala
ka mora ho nyamela. (bap. fihla).
121
122
Hlahafala (hla-ha-fa-la) // Ketsahalo ya ho ba hlaha: ho ba boemong bo hlokang
setsoalle, bo sa thapang kapa bo bohale haholo.
Hlahafisa (hla-ha-fi-sa) /cause to be wild/ Ketsiso ya ho hlahafala: ho etsa hore
phoofolo kapa motho a be bohale.
Hlahela (hla-he-la) /stare/ Ho sheba ka ho hlodisa se sa bonahaleng hantle; ho sheba
ka ho tadima se patiloeng kapa se patehileng. (bap. nyarela).
Hlahella (//) /re-appear/ Ho bonahala ka mora ho ipata; ho bonoa ka mora nako e
telele; ho hlaha ka mora ho nyamela.
Hlahella (hla-hel-la) /popular/ Hoa motho: ho tsebahala bathong ba bangata ka baka
la maemo a hodimo a boetapele, papadi, mmino kapa setumo. Mohl. Ke motho ya
ratang ho hlahella ka mahetla ka baka la setumo sa papadi ya bolo.
Hlahisa (hla-hi-sa) /suggest, beckon/ Ho beha ntlha eo ho ka nahanoang ka yona; ho
beha keletso e ka thusang; ho bua polelo e ka thusang ba mametseng.
Hlahisa (//) /produce/ Ho etsa hore ntho ebe teng; ho tlisa ditholoana kapa ntho e
itseng; ho sebetsa ka sepheo sa ho bontsha tema.
Hlahisitse (hla-hi-si-tse) /suggested/ Bokgale ba ho hlahisa.
Hlahisoa (hla-hi-swa) // Boetsuwa ba ho hlahisa.
Hlahla (hla-hla) // Ho bula mahlo haholo ka baka la ho tshoha; ho bula mahlo ka
lebaka la tshabo, letsoalo kapa ho makala. Mohl. Wa hlahla matlo tje molato keng?
Hlahlafethe (hla-hla-fi-thi) /haphazard, haphazardly/ Ka tsela e hlokang makgethe;
ka mokgoa kapa tsela e sa bontsheng tlhophiso e ntle; hampe ntle le ho hlophisa.
Hlahlamana (hla-hla-ma-na) /consecutive/ Ho tla ka mora ntho enngwe: tse
etsahalang ka ho latellana; e tlang ka mora enngwe ka tatelano kapa tatellano.
Hlahlame (hla-hla-me) // Bokgale ba ho hlahlama.
Hlahlamisa (hla-hla-mi-sa) // Ketsiso ya ho hlahlamana: ho etsa hore ntho di latellane
kapa di etsahale ka tatellano.
Hlahlamisitse (hla-hla-mi-si-tse) // Bokgale ba ho hlahlamisa.
Hlahlamisitsoe (hla-hla-mi-si-tswe) // Boetsuwa le bokgale ba ho hlahlamisa.
Hlahlangoa (hla-hla-ng-wa) // Boetsuwa ba ho hlahlama. (mm. Hlahlangwa).
Hlahlangoe (hla-hla-ng-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho hlahlama.
Hlahlatha (hla-hlat-ha) // Ho tsamaya moo tsela eleng sio; ho tsamaya hlatheng moo
ho tletseng joang le mofero. Ho tsamaya nahathote.
Hlahlathela (hla-hlat-he-la) // Ketsahalo ya ho hlahlatha: ho tsamaya moo tsela eleng
sio; ho tsamaya hlatheng moo ho tletseng joang le mofero.
Hlahlathile (hla-hla-thi-le) // Bokgale ba ho hlahlatha.
Hlahlathisa (hla-hla-thi-sa) // Ketsiso ya ho hlahlatha: ho etsa hore ntho kapa motho
a tsamaye moo tsela eleng sio; ho tsamaisa hlatheng moo ho tletseng joang, majoe le
mofero mmoho le mangope. (bap. qhafutsa).
Hlahlathisoa (hla-hla-thi-swa) // Boetsuwa ba ho hlahlatha.
Hlahlela (hla-hle-la) /imprison, apprehend/ Ho kenya kapa ho isa chankaneng; ho
isa ntloana-tshoana; ho koalla teronkong.
Hlahlela (//) /refile, reload/ Ho kenya kulo sethunyeng kapa sebetsa se thunyang; ho
ekeletsa ntho e felang kapa eka nnang ya fela.
Hlahlella (hla-hlel-la) /assist/ Ho fa motho ya hlokang ntho e itseng; ho ekeletsa
motho ntho eo a e qetileng.
Hlahlellana (hla-hlel-la-na) // Ketsetsano ya ho hlahlella.
Hlahloba (hla-hlu-ba) /examine, inspect/ Ho shebisisa sephetho, sebopeho, mokgoa
kapa boemo ba ketsahalo kapa ketso e itseng. (bap. Tlhatlhobo).
122
123
Hlahlobisa (hla-hlu-bi-sa) /examine extensively, analyze/ Ketsisiso ya ho hlahloba:
ho hlahloba haholo ka sepheo le morero wa ho fumana nnete ya ketso, ketsahalo kapa
boemo ba ntho e itseng, ka botlalo, ntle le ho jalletsa. (bap. Tlhatlhobiso).
Hlajoa (hla-jwa) /stabbed/ Boetsuwa ba ho hlaba. (mm. Hlajuwa).
Hlaka (hla-ka) /clear/ Ho utloahala kelellong; ho utloahala ditsebeng; ho utloisiseha
polelong le mantsoeng a buuwang. (bap. Tlhako).
Hlakahlothoana (hla-ka-hlut-hwa-na) /African red-eyed Bulbul/ Mofuta wa
nonyana e mahlo a makgubedu; e masiba a mmala o bosoothoana bo hlakileng le
setono se sesehla se kopaneng le botsho; e phelang haholo ka ditholoana le
dikokoanyana, ebile e rata metsi haholo. /bon. dihlakahlothoana/.
HLAKAHLOTHOANA.
Hlakametsa (hla-ka-me-tsa) /meet half way/ Ho atamela pela motho kapa ntho e
tlang; ho ya nqa ya motho ya tlang. (bap. kgahlametsa) Tem. Lentsoe lena,
“hlakametsa” (hlangameza) ha le sebedisoe ke Bakone feela: Basotho ba Maluting
mmoho le ba Natala (Nquthu) ba le sebedisa haholo hofeta ba mabalane. (bap.
kgahlametsa).
Hlakametso (hla-ka-me-tso) /meeting half way/ Ketso ya ho hlakametsa: ho atamela
pela motho kapa ntho e tlang; ho ya kapa ho tsamayela nqa ya motho ya tlang. (bap.
Tlhakametso, lehlakametsa).
Hlakisa (hla-ki-sa) /clarify, specify/ Ho etsa hore puo, polelo, ketso kapa ketsahalo e
utloahale; ho beha taba pepeneneng; ketsiso ya ho hlaka. (bap. Tlhakiso).
Hlakodisa (hla-ku-di-sa) // Ketsiso ya ho hlakola: ho baka ho hlakola kapa ho qobella
motho emong ho hlakola.
Hlakola (hla-ku-la) /erase/ Ho tlosa ka ho phumula; ho phumula ntho hore ese
bonahale; ho nyametsa ponahalo ya ntho e itseng.
Hlakola (//) /february/ Kgoedi ya bobedi ya selemo ho ya ka alemanaka ya lefatshe
la kajeno; kgoedi e tlang ka mora ya pele, kapa e lateloang ke Pherekgong; kgoedi e
tlang pele ho Hlakubele. (bap. tlhakola). Tem. Nqa tseding tsa naha kgoedi ena e
bitsoa “Tlhakola”, hlakubele yona e bitsoa “Tlhakubele”.
Hlakotha (hla-kut-ha) /swerve/ Ho tsamaya ka thoko ho tsela; ho tsamaya ka potlako
ntle le kotloloho ya tsela; ho tsamaya ka ho hlahlathela. (bap. tlhakotho).
Hlakothile (hla-kut-hi-le) /swerved/ Bokgale ba ho hlakotha.
Hlakothisa (hla-kut-hi-sa) /cause to swerve/ Ketsiso ya ho hlakotha: ho baka ho
tsamaya ka thoko ho tsela; ho baka ho tsamaya ka potlako ntle le kotloloho ya tsela;
ho baka ho tsamaya ka ho hlahlathela. (bap. tlhakothiso).
Hlakothisoa (hla-kut-hi-swa) /swerved/ Boetsuwa ba ho hlakothisa.
Hlaku (hla-ku) /leaf/ Lekgapetla la semela; lehlaku la semela sefe kapa sefe. Enngwe
ya dikarolo tsa semela, eo hangata eleng tala ka mmala, e sebopeho se sephara, e
hlahang mahlakoreng a lekala la semela. /bon. mahlaku/ (bap. Lehlaku) Tem.
Lentsoe le nepahetseng ke “lehlaku” hofeta “hlaku” le ha le lona le lokile ha ho
kenyeletsoa sehonyetsi, „hlaku. (bap. tlhaku).
Hlakubele (hla-ku-be-le) /march/ Kgoedi ya boraro ya selemo ho ya ka alemanaka
ya lefatshe la kajeno; kgoedi e tlang ka mora Hlakola. (bap. tlhakubele).
123
124
Hlala (hla-la) /to divorce/ Ho tlohela mosadi kapa monna eo le nyalanang le yena ka
molao; ho fedisa kamano ya lenyalo; ho lesa kopano ya lenyalo e amang batho ba
babedi ba nyalaneng. Mohl. Motho wa pele wa ho hlala lefatsheng ke mang?
Hlalana (hla-la-na) // Ketsetsano ya ho hlala: ho hlala ka ho etsetsana.
Hlalefa (hla-li-fa) /clever/ Ho ba le tsebo eo batho babang ba e hlokang; ho ba le
bohlale ba ho etsa dintho tseo babang ba sa kgoneng ho di etsa.
Hlalefela (hla-li-fe-la) // Ketsetso ya ho hlalefa: ho hlalefa bakeng sa.
Hlalefetse (hla-li-fe-tse) // Ho ba boemong ba hofeta babang ka ho etsa diketso tse
itseng; ho ba boemong ba ho tseba hofeta babang.
Hlalefile (hla-le-fi-le) /clever, intelligent/ E, kapa ya bontshang tlhalefo: ya
bontshang ho tseba hofeta babang. Pontsho ya ho hlalefa kapa bohlale.
Hlaloa (hla-lwa) /divorced/ Boetsuwa ba ho hlala: ho leseloa kapa ho tloheloa ke
molekane, mohatsa kapa moratuwa. Mohl. Ke mang ya qadileng ho hlaloa pele?
Hlalosa (hla-lu-sa) /define, describe, explain, elucidate, expound/ Ho fana ka
moelelo wa seo polelo, lentsoe, ketso kapa ketsahalo e se bolelang; ho fana ka lebaka
leo ketso kapa ketsahalo e etsahalang ka lona; ho bolela seo lentsoe le se buang.
Hlama (hla-ma) /distasteful, unappetising, unpalatable/ Sejo se sa butsoang hantle;
sejo se sa phehoang hantle; sejo se bosula. (bap. masutsa).
Hlanaka (hla-na-ka) /to fight seriously/ Ho loana ka boikemisetso; ho loana ka
botlalo; ho loana ntoa ya kgumamela; ho loana samannete. (Bap. Tlhanako).
Hlanaphetho (hla-nap-het-hu) /tumbling/ Ketso ya ho tlola ka ho isa maoto hodimo,
hlooho fatshe; mokgoa wa ho phethola mmele ka ho isa hlooho fatshe le ho
phahamisa maoto. Papadi e joalo. /bon. Dihlanaphetho/.
Hlanaphethoha (hla-nap-het-hu-ha) /to tumble/ Ho tlola ka ho isa maoto hodimo,
hlooho fatshe; mokgoa wa ho phethola mmele moyeng ka ho isa hlooho fatshe le ho
phahamisa maoto.
Hlanaphethoho (hla-nap-het-hu-haw) /tumbling/ Ketso ya ho hlanaphethoha: ho
tlola ka ho isa maoto hodimo, hlooho fatshe; mokgoa wa ho phethola mmele moyeng
ka ho isa hlooho fatshe le ho phahamisa maoto.
Hlanasela (hla-na-se-la) /busy/ Ho etsa mosebetsi kapa ketso e itseng ka ho bontsha
matjato le potlako e kgolo.
Hlanasela (hla-na-se-la) /active, assiduous, brisk, diligent/ E kapa ya yang hodimo
le tlase ka lebaka la mosebetsi o tlamehang ho phethoa kapele; ya matasatasa haholo
ebile a bontsha kelohloko; ya bontshang morolo le matjato a seo a se etsang. Ya
potlakileng haholo ka seo a se etsang. (bap. Phathahana, phathahane).
Hlanasetse (hla-na-se-tse) // Bokgale ba ho hlanasela.
Hlano (hla-nu) /five/ Tse fetang bonne kapa nne ka palo; tse ka tlase ho botshelela
kapa tshelela ka palo. (bap. bohlano, sehlano).
Hlanoha (hla-nu-ha) /change mind, rebel, turn against/ Ho fetola maikutlo; ho
fetoha diketsong kgahlanong le boemo bo itseng; ho fetohela motho, mmuso kapa
mokga. Ho sebetsa kgahlanong le.
Hlanoha (hla-nu-ha) /metamorphose/ Ho fetoha sebopeho sa tlhaho ka ho nka
seseng se sa tshoaneng le sa pele. Ho ba boemong bo bocha bo fapaneng le ba pele.
Hlanohela (hla-nu-he-la) /against/ Ketsetso ya ho hlanoha: ho fetohela kapa ho ba
kgahlanong le.
Hlanola (hla-nu-le-la) /to make inside out/ Ho beha kapa ho ntsha bokahare ka ntle;
ho fetola bokantle ka hare.
Hlanolela (hla-nu-le-la) // Ketsahalo ya ho hlanola.
124
125
Hlanolla (hla-nul-la) /to make outside in/ Ketsollo ya ho hlanola: ho etsolla ho ntsha
bokahare ka ntle; ho fetola bokantle ka hare.
Hlantsha (hla-nts-ha) /make mad, infuriate/ Ho utloisa motho bohloko, haholo
moyeng; ho utloisa motho bohloko a bonahale joalo ka ha eka o wa hlanya. Ketsiso ya
ho hlanya.
Hlantshoa (hla-nts-hwa) // Boetsuwa ba ho hlanya.
Hlanya (hlan-ya) /insane, mad, mentally disturbed/ Ho ba boemong bo sa
itekanelang ba hlooho kapa kelello; ho tshoaroa ke bokudi ba kelello; ho etsa ketso tsa
lehlanya; ho bua ntho tse tsoileng tseleng. (bap. lehlanya, bohlanya).
Hlanyetsa (hlan-ye-tsa) /mad at/ Ketsetso ya ho hlanya: ho hlanya bakeng sa; ho bua
mantsoe a mabe kgahlanong le motho emong. (mm. tlhanyetso).
Hlaodisa (hla-u-di-sa) /help to hoe/ Ketsiso ya ho hlaola: ho etsa hore motho a tlose
lehola ka mohoma. Ho thusa ho hlaola.
Hlaodisa (//) /penalise/ Ho fana ka kahlolo ka ho lefisa ya entseng molato ntle le ho
mo koalla chankaneng; ho lefisa moetsi wa phoso tefo e itseng.
Hlaola (hla-u-la) /to hoe/ Ho tlosa lehola tshimong kapa serapeng sa dijalo; ho ntsha
semela se sa batlahaleng tshimong kapa serapeng sa dijalo.
Hlaotse (hla-u-tse) // Bokgale ba ho hlaola.
Hlaotsoe (hla-uts-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho hlaola.
Hlapa (hla-pa) /insult/ Lentsoe kapa puo e rohakang; ketso kapa polelo e akgang
tlhapa; puo e mpe e utloisang mmuuwa kapa moetsuwa bohloko. (bap. tlhapa).Tlh.
lentsoe le nepahetseng ke “tlhapa” hofeta “hlapa”.
Hlapantsha (hla-pa-nts-ha) /make an oath, undertaking/ Ketsiso ya ho hlapanya: ho
etsa hore motho a hlapanye kapa a nke kano.
Hlapanya (hla-pan-ya) /vow/ Ho ikana ho bua kapa ho etsa ketso ya nnete; ho nka
kano ka ho ipofa; ho etsa puo kapa ketso ya tshepiso e sa tlamehang ho koeneheloa;
ho rera ho tsamaisana le se batloang le ho phethisa nnete e batlahalang.
Hlapaola (hla-pa-u-la) /insult/ Ho bitsa mantsoe a mabe ho motho; ho lebisa tlhapa
ho motho kapa ntho e itseng; ho sebedisa thohako kgahlanong le. (bap. rohaka).
Hlaphodisa (hlap-hu-di-sa) // Ketsiso ya ho hlaphola: ho etsa hore motho a je sejo se
senyane se nang le senoko se bohale.
Hlaphola (hlap-hu-la) /snack eating/ Ho ja sejo se senyane se nang le senoko se
bohale; ho ja bohashana ba sejo ka sepheo sa ho matlafatsa mmele.
Hlaphoha (hlap-u-ha) /recover/ Ho tsoha bokuding; ho tsoha mokgathaleng kapa
borokong; boikutlo ba ho matlafala. Ho tsoha morolo.
Hlaphoheloa (hlap-u-he-lwa) /to recover/ Boetsuwa ba ho hlaphoha.
Hlaphohetsoe (hlap-hu-ets-we) /sober/ Ya boemong ba kelello le mmele bo hlokang
tai, sethethefatsi, ho kula kapa bohloko. Ya maikutlo le kelello e phodileng. Ya ntle le
ho tawa kapa botawa.
Hlaphohetsoe (hlap-hu-ets-we) /recovered/ Boetsuwa le bokgale ba ho hlaphoha.
Hlaphoho (hla-phu-haw) /sobriety, nonindulgence, soberness/ Ketso ya ho
hlaphoha: boemo ba ho tsoha bokuding; ho tsoha mokgathaleng kapa borokong;
boikutlo ba ho matlafala. Ho tsoha morolo. Ho ba ntle le tai kapa sethethefatsi.
Hlapile (hla-pi-le) /clean/ E kapa ya boemong ba bohloeki ka baka la ho tola kapa ho
itlhatsoa ka metsi. Bokgale ba ho hlapa.
Hlapisa (hla-pi-sa) /bath, to cleanse part of the body/ Ho hloekisa mmele ka ho
hlapa ka metsi le sesepa; ho intlefatsa ka ho tola. Ketsetso ya ho hlapa.
Hlapisa (hla-pi-sa) /compensate, atone, refund/ Ho kgutlisa ka baka la
ditshenyehelo; ho lefa seo motho a se lahlehetsoeng mosebetsing; ho fa chelete kapa
125
126
phahlo ka baka la boemo ba se kgutlisitsoeng bo sa lokang; ho lefa bakeng sa
ditshenyehelo. (bap. buseletsa).
Hlapisitse (hla-pi-si-tse) /cleansed/ Bokgale ba ho hlapisa.
Hlapisitsoe (hla-pi-si-tswe) /cleansed/ Boetsuwa ba ho hlapisa.
Hlapisoa (hla-pi-swa) /washed, cleansed/ Boetsuwa ba ho hlapa.
Hlapolla (hlap-ul-la) /dilute/ Ho tshela metsi senong se matla ka tatso; ho eketsa
metsi motsoakong o itseng bakeng sa ho fedisa bohale ba tatso ya sejo kapa seno. Tlh.
Lentsoe “hlapolla” le “hlapolosa” ha a bolele ntho e le nngwe ka puo ya Sesotho.
Hlapollotse (hla-pul-lu-tse) /diluted/ Bokgale ba ho hlapolla. (bap. hlapolositse).
Hlapollotsoe (hla-pul-lu-tswe) /diluted/ Boetsuwa le bokgale ba ho hlapolla.
Hlapolosa (hlap-ul-lu-sa) /to soften solid liquid/ Ho etsa sejo, seka motoho o tiileng,
kapa seno se tiileng se hlephe ka ho tshela metsi kapa ho kenya motsoako o itseng; ho
etsa seno se thatafetseng repherephe. Tlh. Lentsoe “hlapolla” le “hlapolosa” ha a
bolele ntho e le nngwe.
Hlapolositse (hla-pu-lu-si-tse) /softened/ Bokgale ba ho hlapolosa.
Hlapolositsoe (hla-pu-lu-si-tswe) /softened/ Bokgale le boetsuwa ba ho hlapolosa.
Hlase (hla-se) /spark/ Leqhome la lelakabe la mollo; lekumane la leshala la mollo;
mollo o thunyang lelakabe. Tlh. Lentsoe le nepahetseng ke “tlhase”.
Hlasela (hla-se-la) /invade, attack/ Ho futuha bakeng sa ntoa; ho kena sebakeng ka
sepheo sa ho loana; ho futuhela ka mantsoe a bohale; ho omanya ka dipuo tse mpe; ho
ja motho ka bohale.
Hlaseloa (hla-se-lwa) /attacked/ Boetsuwa ba ho hlasela.
Hlasetse (hla-se-tse) /attacked/ Bokgale ba ho hlasela.
Hlasetsoe (hla-sets-we) // Bokgale le boetsuwa ba ho hlasela.
Hlasi (hla-si) /exclamation: sudden awaking/ Lekgotsa le bontshang ho tsoha
hanghang borokong; lentsoe le bontshang ho raoha borokong hanghang.
Hlasimoloha (hla-si-mo-lo-ha) /vigilant, to be conscious/ Ho dula kelello e le batsi;
ho dula ka kutlo le tlhokomelo ya se etsahalang tikolohong kapa sebakeng.
Hlatha (hlat-ha) /to mate/ Ho boka hoa dintja; ho kotana hoa dintja. Tlh. Lentsoe
lena ha le sebedisoe bathong hohang hobane ke tlhapa ha le sebediso ho bona: le
amana le diphoofolo. Ka puo ya Sekone (nguni) le na le moelelo o mong.
Hlathaka (hlat-ha-ka) // Phetako ya ho hlatha.
Hlathe (hlat-he) /jungle/ Sebaka seo ho sa duleng batho ho sona; sebaka sa meru,
dihlahla le diphoofolo; sebaka se hlaha. /bon. Dihlathe/ (bap. thota, thoteng). Mael.
Hlathe e lelekisa tsebe: ponahalo ya ho thaba kapa ho bontsha ho kgotsofala ha ho
etsahala ketso e itseng.
Hlatsa (hla-tsa) /vomit/ Ho ntsha dijo ka molomo ka baka la motsoako o sa
dumellaneng; ho ntsha tse tsoang ka maleng ka molomo ka baka la bokudi.
Hlatsetsa (hla-tse-tsa) /vomit at/ Ketsetso ya ho hlatsa.
Hlatsinyane (hla-tsin-ya-ne) /African Stonechat/ Mofuta wa Nonyana e tholahalang
Afrika e ka Borwa mmoho le naha ya Lesotho, e hlooho e tshoana kappa ntsho le
molala o mosweu, le sefuba se sekgunong mmoho le setono se masiba a matsho. /bon.
Dihlatsinyane/. (mm. Tlhatsinyane).
126
127
HLATSINYANE
Hlatsisa (hla-tsi-sa) /cause to vomit/ Ketsiso ya ho hlatsa: ho baka ho hlatsa.
Hlatsitse (hla-tsi-tse) // Bokgale ba ho hlatsa.
Hlatsoa (hlats-wa) // Boetsuwa ba ho hlatsa. Mael. Ho hlatsoa motho qati: ho thabisa
haholo; ho nyakallisa; ho thabisa.
Hlatsoa (hlats-wa) (hlatswa) /wash/ Ho etsa hore diphahlo, dijana kapa ntho tse
itseng di hloeke ka ho sebedisa metsi le sesepa; ho hloekisa ka ho suwa ka matsoho le
thuso ya metsi mmoho le sesepa.
Hlatsoehile (hlats-we-hi-le) /washed/ Ketsahalo ya ho hlatsoa: e nang le ponahalo ya
bohloeki; e hlokang ditshila ka lebaka la ho hlatsoa.
Hlatsoitse (hlats-wi-tse) // Bokgale ba ho hlatsoa.
Hlatsoitsoe (hlats-wits-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho hlatsoa.
Hle (hle) /please/ Lentsoe le sebedisoang ho kopa ka boikokobetso; lekgotsa le sa
sebedisoeng bakeng sa ho kgotsa.
Hlehla (hle-hla) /stroll, trot/ Ho tsamaya butle ka ho ikonka; ho tsamaya hanyane ka
ho iketla, ntle le ho phakisa kapa ho potlaka.
Hlehla (hle-hla) /to rest, to take a vacation/ Ho ba ntle le mosebetsi kapa ho hula ka
thata; ho phomola ka mora mosebetsi.
Hlehleella (hli-hli-el-la) /to overdose/ Ho fa, ho noa kapa ho ja hofeta tekanyo. Ho
iphepa ka ho fetisisa. (bap. boitlhetlheello).
Hlehleellaka (hli-hli-el-la-ka) // Phetako ya ho hlehleella: ho fepa kgafetsa.
Hlehlile (hle-hli-le) /day off, off duty/ E kapa ya boemong ba phomolo ka mora
mosebetsi; ya kgefuditseng ka mora ho sebetsa. Bokgale ba ho hlehla. (bap. kgefutsa,
kgefuditse).
Hlehlisa (hle-hli-sa) /cause to stroll or trot/ Ketsiso ya ho hlehla: ho etsa hore ntho e
tsamaye hanyane ka boikonko kapa ntle le ho potlaka. (bap. mohlehlisa).
Hleka (hle-ka) /arrange, sort out/ Ho tlosa dintho tse ka etsang bohlasoa; ho
hloekisa ka ho tlosa ntho tse sa hlokahaleng; ho hlophisa ka ho beha madulong.
Hleka (//) /seemingly/ Eka ho tla; ho bonahala eka ho tla. Mohl. Hleka o rata basadi
hofeta mosadi wa hao. Hleka ke wena mmelaelloa polaong ya maobane.
Hlekehla (hli-ki-hla) /shake/ Ho tsitsinya ka sepheo sa ho kopanya motsoako; ho
tsitsinya mmele kapa ntho e itseng.
Hlekehloa (hle-kehl-wa) // Boetsuwa ba ho hlekehla. (mm. Hlekehlwa).
Hlekehlile (hle-ke-hli-le) // Bokgale ba ho hlekehla.
Hlekehliloe (hle-ke-hli-lwe) // Boetsuwa le bokgale ba ho hlekehla.
Hlekefetsa (hli-ki-fe-tsa) /hurt, injure, harm/ Ho utloisa bohloko ka ho etsa diketso
tse lematsang mmele; ho utloisa bohkoko ka dipuo tse utloisang pelo bohloko. (bap.
otla, natha, shapa).
Hlena (hli-na) /of fire: to be bright, blaze/ Ho ba kgubedu hoa mollo; ho kganya
bokgubedu ba mashala a mollo o tukang; ponahalo e kgubedu ya mashala a mollo.
127
128
Hlenhlenyane (hlen-hlen-ya-ne) /baby porridge/ Motoho wa lesea kapa
lekgabunyane; mofuta wa motoho wa mabele o thotseng oo hangata o etsetsoang bana
ba banyane. /bon. Dihlenhlenyane/ (bap. tomotomo).
Hlenhlenyane (//) /frivolity/ Boemo ba ketsahalo e hlokang botio; ponahalo ya ho se
bontshe botio; ketso ya ho bapala. Mohl. Mosuwe a fihla a qhala hlenhlenyane.
Hlenne (hlen-ne) // Bokgale ba ho hlena.
Hlentsha (hli-nts-ha) /brighten/ Ketsiso ya ho hlena.
Hlepha (hlep-ha) // Hoa sejo: ho ba bonolo kapa metsi; ho nolofetseng kapa ho
hlokang bothata ha ho jewa. (bap. Phehla).
Hlepha (//) /soft pap/ Bohobe ba poone bo bonolo haholo; papa e metsi kapa e
bonojana haholo. (bap. lephoto).
Hlephella (hlep-hel-la) /to go down loosely/ E koenyehang ha bonolo; eo ha e jewa e
theohelang ha bonolo mmetsong ka baka la ho hlepha hoa yona.
Hlephesela (hlep-he-se-la) // Ho tsamaya joalo ka motho ya nang le mmele o mafura,
o motenya; motsamao wa motho e motenya kapa ya nang le ditho tsa mmele tse
tsitsinyehang ha a tsamaya. (bap. lathasela).
Hlepheselo (hlep-he-se-law) // Ketso ya ho hlephesela: boemo ba ho tsamaya joalo ka
motho ya nang le mmele o mafura, o motenya; motsamao wa motho e motenya kapa
ya nang le ditho tsa mmele tse tsitsinyehang ha a tsamaya. (bap. tlhepheselo).
Hlephile (hlep-hi-le) /loose/ Ketsahalo le bokgale ba ho hlepha.
Hlephisa (hlep-hi-sa) /soften, loosen/ Ketsiso ya ho hlepha.
Hlephoha (help-u-ha) /extractive/ Hoa lejoe kapa ntho e thata: ho tsoa lekumane; ho
aroha hoa karoloana e nyane ho tsoa ho e kgolo; ketsahalo ya ho hlephola.
Hlephola (hlep-u-ha) /extract, abstract/ Ho ntsha karoloana e nyane ho e kgolo ka
ho thuba, ngoatha kapa ho choatla; ho ntsha lekumane karolong ya ntho e kgolo.
Hlepholeha (hleo-hu-le-ha) /extractable/ E kgonang ho ntshoa karoloaneng ya ntho e
kgolo ka ho thuba, ngoatha kapa ho choatla; ho ntsha lekumane karolong ya ntho e
kgolo. (mm. Hlepholeho).
Hlepholo (hlep-hu-law) /extraction/ Ketso ya ho hlephola: ho ntsha karoloana e
nyane ho e kgolo ka ho thuba, ngoatha kapa ho choatla; ho ntsha lekumane karolong
ya ntho e kgolo. (bap. tlhepholo).
Hlephotse (hlep-hu-tse) /extracted/ Bokgale ba ho hlephola.
Hlephotsoe (hlep-huts-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho hlephola.
Hleula (hle-u-la) /to be drunk with beer/ Ho tawa ke joala; ho noa joala.
Hleutse (hle-u-tse) /drunk/ Boemo ba ho tawa: e tauweng ka mora ho noa joala
haholo; e kgotsheng joala hofeta kamoo ho hlokahalang kateng. (bap. tauwe, tahiloe).
Hleutse (//) // Bokgale ba ho hleula.
Hloa (hl-wa) /climb/ Ho ya ka hodimo ho; ho kalama; ho tlolela ka hodimo ho.
Hloahloa (hlwa-hlwa) /active, effectual, best/ E matjato kelellong le mmeleng; e
mafolofolo mmeleng le bokong. (bap. matasatasa) (mm. Hlwahlwa).
Hloaya (hlwa-ya) /select/ Ho nka ka ho kgetholla; ho supa ka ho totobatsa se batloang
kapa se kgethoang; ho nka e le nngwe hara tse ngata. (mm. Hlwaya). Mael. Ho
hloaya tsebe: ho mamedisa ka thata.
Hloba (hlu-ba) /to remove feathers/ Ho ntsha masiba a kgoho kapa nonyana; ho
tlosa „tshiba tsa nonyana mmeleng wa yona.
Hlobaela (hlu-ba-e-la) /to be sleepless/ Ho felloa ke boroko; ho se kgone ho robala;
ho sitoa ho kgaleha. Ho se hlothe boroko.
Hlobaeloa (hlu-ba-e-lwa) // Boetsuwa ba ho hlobaela. (mm. Hlabaelwa).
128
129
Hlobaetsa (hlu-ba-e-tsa) /to cause to be sleepless/ Ketsetso ya ho hlobaela: ho etsa
hore motho a felloe ke boroko. Ho ba boemong ba ho hloka boroko kapa ho kgaleha.
Hlobaetsa (hlu-ba-e-tsa) /pathetic/ Hoa ketsahalo kapa boemo ba motho: e
kgathatsang maikutlo ka diketso tse sa tshepiseng katleho; e makgatheng a sa
tshepiseng ka lebaka la ho etsa diphoso. E boemong bo sa bontsheng katleho.
Hlobaetse (hlu-ba-etse) // Bokgale ba ho hlobaela.
Hlobaetsoa (hlu-ba-ets-wa) // Boetsuwa ba ho hlabaetsa. (mm. Hlobaetswa).
Hlobo (hlo-bo) // Seka leloapi le bonahalang hodima ntho e bodileng kapa e
makgatheng a ho bola kapa ho senyeha. Bokahodimo ba ntho e senyehileng kapa e
bodileng. /bon. Dihlobo/.
Hlobodisa (hlu-bu-di-sa) /to cause to strip/ Ho etsa hore motho a ntshe seaparo
mmeleng; ho etsa hore motho a tsole kapa a be ntle le diaparo. Ketsiso ya ho hlobola.
Hloboha (hlo-bu-ha) /shed/ Ho lahla mahlaku a sefate nakong ya Lehoetla kapa
Mariha; ho tloha hoa mahlaku a sefate nakong e itseng ya selemo.
Hlobola (hlu-bu-la) /undress, to be naked/ Ho ntsha seaparo mmeleng; ho tsola
diaparo; ho etsa hore mmele o be fela. (bap. bofeela).
Hlodia (hlo-di-a) /make noise, noisy/ Ho baka modumo o moholo; ho etsa lerata; ho
bua ka ho hoelehetsa. (bap. lerata).
Hlodisa (hlo-di-sa) /enquire into, look into/ Ho sheba kapa ho nyarela ka sepheo sa
ho batlisisa; ho batla ho tseba ka ho sheba ntho e itseng.
Hlodisa (hlu-di-sa) /to help to win/ Ketsiso ya ho hlola: ho baka hore motho a hlole.
Hlodisana (hlu-di-sa-na) /to compete/ Ketsetsano ya ho hlola: ho bapala, ho nka
karolo kapa ho etsa ketso e itseng ka sepheo sa ho hlola kapa ho ba mohlodi.
Hloeba (hlwe-ba) (hlweba) /float with foam/ Hoa lekoeba: ho phophoma ka hodimo;
ho bontsha ho butsoa hoa joala ba Sesotho. Mael. Dia bela dia hloeba, makgulo ho
psha a matala, koma re sala re di otla ka hlooho: motho ho tsofala le ho kgathala ya
neng a le motle, matla, a tseba ho bina, e le kgeleke, a le mafolofolo ebile a tumme
haholo mme a qetelle a tsofetse, a le mobe ebile a hloka matla le botle joalo ka pele.
Hloebile (hlwe-bi-le) // Hoa joala: bo bontshang ho butsoa ka baka la ho phophoma
makoeba; bo nang le tatso ya ho butsoa le tokafalo.
Hloeka (hlwe-ka) /clean/ Ponahalo ya makgethe; bosio ba tshila. Ho ba ntle le sekodi
kapa tshilafatso; ho ba ntle ka „baka la ho hlatsoa.
Hloekisa (hlwe-ki-sa) /to clean/ Ho tlosa ditshila kapa dithole; ho etsa hore ho be
makgethe ka ho hlatsoa, fiela kapa ho phumula.
Hloekisisa (hlwe-ki-si-sa) /purify/ Ketsisiso ya ho hloekisa.
Hloela (hlwe-la) /inspect/ Ho chakela ka sepheo sa ho lekola.
Hloele (hlwi-le) // Bokgale ba ho hloa kapa ho hloella. (bap. hloelletse). Mael.
Mathata a hloele manolo hodimo: ho boima hofeta kamoo ho neng ho lebeletsoe
kateng. Ha ho bonolo ho ya ka tsela eo eneng e nahannoe.
Hloella (hlwel-la) /climb on/ Ketsahalo ya ho hloa: ho ya ka hodima thaba kapa
sefate kapa ntho enngwe le enngwe ya tlhaho. Tlh. Ho “hloella” le ho “kalama” ke
mantsoe a bontshang ho ya ka hodima ho ntho e itseng, empa ntho tseo ho uwang ka
hodima tsoana ha di tshoane. Mohl. O kalama ntho e tsamayang joalo ka pere, koloi,
sekepe, sefofane, jj. O hloella ntho e emeng joalo ka sefate, thaba, selomo, ntlo,
letsoapo, selomo, jj. (bap. Palama, kalama, kalla).
Hloelletse (hlwel-le-tse) Bokgale ba ho hloella. (bap. hloele).
Hloentsha (hlwe-nts-ha) // Ketsiso ya ho hloenya: ho etsa kapa ho baka ho hloenya:
ho baka ho fetola tshobotsi ya sefahleho ka ho e mpefatsa; ho sosobanya sefahleho ka
baka la bohloko bo itseng. (mm. Hlwentsha, hloentsa).
129
130
Hloenya (hlwen-ya) // Ho fetola tshobotsi ya sefahleho ka ho e mpefatsa; ho
sosobanya sefahleho ka baka la bohloko bo itseng, haholo ho kgena.
Hlohla (hlaw-hla) /to fill/ Ho kenya ntho e itseng ka hara mokotla, kapa setshelo, ka
ho e katela ka bongata hore e tlale haholo.
Hlohleleditse (hlo-hle-le-di-tse) /incited, influenced/ Bokgale ba ho hlohleletsa.
Hlohleleditsoe (hlo-hle-le-dits-we) /incited/ Boetsuwa le bokgale ba ho hlohleletsa.
Hlohleletsa (hlo-hle-le-tsa) /to influence, incite/ Ho etsa hore motho a etse ketso e
itseng a sa ikemisetsa; ho baka hore ketsahalo e itseng e etsahale ka ho jalletsa emong
ka dipuo. (bap. Tlhotlheletso) (mm. Hlohlelletsa).
Hlohleletsoa (hlaw-hle-lets-wa) /to be influenced/ Boetsuwa ba ho hlohleletsa.
Hlohlodingoane (hlo-hlo-ding-wa-ne) /tumble/ Mokgoa wa ho phethola mmele ka
ho isa hlooho fatshe le ho phahamisa maoto. Papadi ya ho jethema moyeng le ho
jethoha ka ho ema ka maoto fatshe. /bon. Dihlohlodingoane/ (mm. Hlohlolingoane).
Hlohlona (hlaw-hlaw-na) /itchy/ Ho ba botsikinyane; e batlang ho pikitloa ka baka la
botsikinyane; e batlang ho ngoauwa.
Hlohlonela (hlaw-hlaw-ne-la) // Ketsahalo kapa ketsetso ya ho hlohlona: ho hlohlona
bakeng sa; ho ba boemong ba ho batla ho ingoaya.
Hlohloneloa (hlaw-hlaw-ne-lwa) // Boetsuwa ba ho hlohlonela.
Hlohloneloa (hlaw-hlaw-ne-lwa) /lustfull/ Ho ba le takatso ya thobalano e sa lokang;
ho lakatsa ka mokgoa o mobe; ho batla ho boka. (bap. tsoheloa, qhangoa).
Hlohlonetsoe (hlo-hlo-ne-tswe) // Bokgale le boetsuwa ba ho hlohlona.
Hlohlonne (hle-hlon-ne) // Bokgale ba ho hlohlona.
Hlohlontsha (hlo-hlo-nts-ha) /to cause to itch/ Ketsiso ya ho hlohlona. Mael. Ho
hlohlontsha tsebe: ho etsa diphoso puong; ho bua puo tse sa lokang; ho bua puo tse
nang le ditlhapa.
Hlohlonya (hlo-hlon-ya) /stir, activate/ Ho etsa hore karolo enngwe ya mmele e
nyarohe; ho etsa hore maikutlo a phahame. Ho baka tsitsinyeho.
Hlohlonyo (hlo-hlon-yo) /activation/ Ketso ya ho hlohlonya: ho etsa hore maikutlo a
phahame. Pako ya ho tsitsinyeha hoa ntho e neng e eme. (mm. Tlhotlhonyo).
Hlohlora (hlu-hlu-ra) /shake/ Ho tsitsinya ntho ka sepheo sa ho ntsha kapa ho tsholla
se ho yona; ho tsitsinya ka matla. (bap. tlhotlhora) Tlh. Lentsoe le nepahetseng la puo
ya Sesotho ke “tlhotlhora” hofeta “hlohlora”.
Hlohlotsa (hlo-hlo-tsa) /provoke/ Ho qala ntho ka mokoting ka ho e kgotha ka thupa;
ho qholotsa ka ho kgotla ka ntho e itseng.
Hlohlotso (hlo-hlo-tso) /provocation/ Ketso ya ho hlohlotsa: ho qala ntho ka
mokoting ka ho e kgotha ka thupa; ho qholotsa ka ho kgotla ka ntho e itseng. (bap.
tlhotlhotso).
Hloho (hlaw-haw) (hlooho) /head/ Setho sa mmele se akgang boko, lehata, senketse,
moriri, sefahleho, phatla le ditsebe; setho sa mmele se ka hodima molala, kapa se
itshetlehileng ka molala. /bon. dihloho/ (bap. sefahleho). Mael. Motsoalle wa hlooho
ya kgomo: motho eo emong anang le kamano e ntle haholo ya bokgotsi. Mael. Ho ja
masapo a hlooho: ho nahanisa se boletsoeng. Ho nahana haholo ka boemo bo itseng.
Ho nahana ka ho batla tharolloa ya bothata bo itseng.
Hloho (hlaw-haw) (hlooho) /leader/ Motho eo eleng yena ya ka sehlohlolong; motho
ya ka hodimo ka boikarabelo; motho ya eteletseng lelapa pele. /bon. Dihloho/.
Hloho (hlaw-haw) (hlooho) /headline(s)/ Taba e etellang pele, ebile e le ka
sehlohlolong ha e phatlalatsoa; seo eleng mmoko taba wa letsatsi. /bon. Dihloho/
130
131
Hlohoana (hlo-hwa-na) (hloohoana) (hlowana) // Mofuta wa bokudi o bonahalang
haholo ho lesea, o bakang boemo bo sa tsitsang ba bokahodimo ba hlooho ya lona;
bokudi bo amang botsitso ba hlooho ya motho. (bap. phuwana).
Hlohonolofaditse (hlaw-haw-naw-law-fa-di-tse) // Bokgale ba ho hlohonolofatsa.
Hlohonolofaditsoe (hlaw-haw-naw-law-fa-dits-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho
hlohonolofatsa.
Hlohonolofala (hlaw-haw-naw-law-fa-la) /to consecrate, bless/ Ketsahalo ya ho
hlohonolofatsa kapa ho thola tsohle tse lakatsoang kapa tse labalabeloang.
Hlohonolofalo (hlaw-haw-naw-law-fa-law) // Ketso ya ho hlohonolofala: boemo ba
ho fumana tsohle tse ntle le tse labalabeloang. (bap. tlhohonolofalo).
Hlohonolofatsa (hlaw-haw-naw-law-fats-aw) /bless, anoint, consecrate/ Ho etsa
hore motho mmoho le mohopolo, diketso kapa monahano wa hae o atlehe ka ho bua
mantsoe a katleho; ho etsa hore motho a be le lehlohonolo.
Hlohonolofatso (hlaw-haw-naw-law-fa-tso) /blessing, benediction/ Ketso ya ho
hlohonolofatsa: ho etsa hore motho mmoho le mehopolo, diketso kapa monahano wa
hae o atlehe ka ho bua. Mpho ya lehlohonolo. (bap. tlhohonolofatso).
Hlohonolofatsoa (hlaw-haw-naw-law-fats-wa) // Boetsuwa ba ho hlohonolofatsa.
Hloka (hlo-ka) /to be without/ Ho ba ntle le ntho e itseng; ho se be le ntho e
batlahalang kapa e labalabeloang. Mohl. Re utloa hothoe o hloka boitshoaro. Mael.
Ho hloka sefuba: ho hloka sephiri; ho hloleha ho pata lekunutu. Mael. Ho hloka
tsebe: ho se mamele; ho se utloe hoa ngoana ka ho bontsha ho seba.
Hloka (hlo-ka) /to need, want/ Ho batla ntho e itseng e hlokahalang bakeng sa ho
sebedisoa. Mohl. Ke hloka chelete haholo. e be o hlokang eng eo re ka o etsetsang
yona? O hloka mosadi monna enoa.
Hlokahala (hlo-ka-ha-la) /die/ Hoa motho: ho felloa ke bophelo; ho fela hoa moya
nameng; ho shoa, ho timela kapa ho emisa ho hema. Tlh. Hangata lentsoe le
nepahetseng bakeng sa motho ke ho “hlokahala” ha ka nqe nngwe “shoele” e
sebedisoa bakeng sa phoofolo kapa motho ya kgesehang joalo ka tsotsi, sekebekoa,
mokgehlepetsi, jj. (bap. shoa).
Hlokahala (//) /necessary, essential, indispensable/ E batlahalang bophelong; eo
eleng yona ya bohlokoa; eo ho pheloang ka yona. (bap. batlahala).
Hlokahale (hlo-ka-ha-la) /unnesessary, unwanted, unimportant/ E sa batlahaleng;
eo boteng ba yona bo sa batloeng. Mohl. Ho ne ho sa hlokahale hore o ahlamise
molomo ha kana. Lehola ha le hlokahale mona. Che kea utloa, empa taba ya hao ha
e hlokahale. Ho rohakana ha ho hlokahale, re batla dipuisono feela mokgatlong
mona.
Hlokahetse (hlo-ka-he-tse) // Bokgale ba ho hlokahala: e felletsoeng ke bophelo; e
shoeleng kapa e sa pheleng.
Hloko (hlaw-kaw) /careful, meticulous/ Ho ba hlokolosi kelellong; ho ba leihlo le
nchocho; ho mamedisisa se buuwang. (bap. kelo-hloko).
Hlokofala (hlu-ku-fa-la) /hurt/ Ho utloa bohloko pelong, moyeng kapa mmeleng; ho
ba boemong bo hlokang monate. (bap. tlhokofalo).
Hlokofatsa (hlu-ku-fa-tsa) /to wound, to hurt/ Ho utloisa bohloko moyeng, nameng
kapa kelellong; ho hlokisa thabo moyeng kapa nameng.
Hlokolosi (hlo-ko-lo-si) /vigilant, alert, cautious/ E sedi; e leihlo le nchocho; e
dulang e itukisitse; e malala a laotsoe; e shebisisang le ho utloisisa se ka etsahalang.
Hlokomedisa (hlaw-kaw-me-di-sa) /to notice, warn/ Ketsiso ya ho hlokomela: ho
fana ka keletso; ho etsa hore motho a elelloe ketso kapa ketsahalo e itseng.
131
132
Hlokomela (hlaw-kaw-me-la) /care, maintain/ Ho ba boemong ba ho bona le ho
sheba ketso kapa ketsahalo e itseng; ho shebana le ntho kapa motho ka sepheo sa ho
mo tshireletsa kapa ho mo boloka.
Hlokometse (hlaw-ko-me-tse) /aware, cognizant, conscious/ E, kapa ya makgatheng
kapa boemong ba ho elelloa taba, ketsahalo kapa boemo bo itseng. Bokgale ba ho
hlokomela.
Hlokometsoe (hlaw-ko-me-tswe) /protected/ E kapa ya boemong ba ho baballoa: eo
tlhokomelo e lebisoang ho yona. (mm. hlokometswe).
Hlola (hlu-la) /defeat, win/ Ho ba mohlodi; ho feta bao ho phehisanoang le bona ka
ntoa, puo, papadi, tlhodisano kapa ketso tse itseng; ho ba ka pele ka ho nepa.
Hlola (hlaw-la) /create/ Ho tlisa bocha sebupuwa kapa sehlodiloeng; ho bopa kapa ho
etsa ntho „kgetlo la pele.
Hlola (hlaw-la) /stay/ Ho dula sebakeng se itseng; ho tsoela pele ka ho etsa ketso
kapa ketsahalo e itseng.
Hlola (hlaw-la) /symbolic/ Ho etsa diketso tse bolelang ho tla hoa ntho e mpe kapa e
ntle; ho etsa diketso tse bolelang ho hlaha hoa ntho e itseng. Mael. Se sa feleng se a
hlola: ha ho ketsahalo, boemo kapa ntho e hlokang pheletso.
Hlolana (hlu-la-na) /disagree between, amongst/ Ho bontsha ho se dumellane; ho
hanyetsana kapa ho se ye mmoho. Ketsetsano ya ho hlola.
Hlolana (hlu-la-na) /miscommunicate/ Ho se dumellane ka menahano, puisano kapa
ka molaetsa; ho se utloane ka tsamaiso kapa tsamaisano mmoho; ho fapana ka
menahano kapa dipuo. Tebello e sa tshoaneng ya batho ba babedi kapa ba fetang moo.
Hloleha (hlu-le-ha) /unsucceed, fail/ Ho se kgone ho etsa kapa ho phetha ketso e
itseng; ho sitoa ho phethahatsa; bosio ba bokgoni kapa ho phomella.
Hlolehile (hlu-le-hi-le) /unsuccesful/ E sa kgonang ho atleha; e sa kgonang ho
phethisa se lebeletsoeng ho tsoa ho yona kapa ho yena.
Hlolehile (hlu-le-hi-le) // Bokgale ba ho hloleha.
Hlolla (hlawl-la) /to outrage, baffle/ Hoa ketso: e makatsang, e bontshang tello, e sa
tloaelehang kapa e kgesehang; e sa dumelehang. Ketsetso ya ho hlola.
Hlolletse (hlawl-le-tse) // Bokgale ba ho hlolla.
Hlolletsoe (hlawl-lets-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho hlolla.
Hlolo (//) /type of animal/ Mofuta wa phoofolo?? /bon. ditlholo/ Tlh. Batho babang
ba bitsa phoofolo ena “tlholo”. Mael. Ho tshoara hlolo ka boya: Ho ba mathateng a
maholo.??
Hlolohela (hlu-lu-he-la) /long, miss/ Ho hopola motho kapa ketsahalo e itseng; ho
lakatsa ho bona motho eo eleng kgale a sa bonoe; ho bontsha tabatabelo.
Hloloheloa (hlu-lu-he-lwa) /long for/ Boetsuwa ba ho hlolohela.
Hlolohetse (hlu-lu-he-tse) // Bokgale ba ho hlolohela: ya boemong ba ho hopola
haholo; ya batlang ho bona motho kapa ntho eo eleng kgale e sa bonoe.
Hlolohetsoe (hlu-lu-hets-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho hlolohela: ho ba boemong
ba ho batla ho bona motho eo eleng kgale a sa bonoe.
Hloma (hlu-ma) /bud/ Ho mela hoa peo e jetsoeng; ho hlaha hoa semela mobung ka
baka la peo e teng ho ona.
Hloma (hlu-ma) /to get rich, to prosper/ Ho ba le leruo; ho ngatafala hoa leruo la
motho; ho eketseha hoa thuo; ho ba le keketseho ya monono le nala.
Hloma (hlaw-ma) // Ho tsetela thupa mobung kapa nthong e itseng ka ho hlahisa
bokahodimo ba yona; ho bea kapa ho tshetleha ntho bokahodimo bo le pontsheng.
Mael. Ho hloma lehlaka: ho etsa sesupo sa hore ntlong e itseng ho na le ngoana ya sa
132
133
tsoa tsoala le motsoetse; letshwao le bonthsang boteng ba lekgabunyane le sa tsoa
hlaha.
Hlomamisa (hlu-ma-mi-sa) /inaugarate/ Ho etsa mokete wa ho beha motho ya itseng
maemong a hodimo a borena kapa boetapele. Pulo ya mosebetsi wa ho beha
moetapele kapa morena.
Hlomela (hlu-me-la) /germinate/ Hoa semela: ho bontsha ho mela; ponahalo le qalo
ya kholo ya semela. Ho hlaha mobung.
Hlomela (hlaw-me-la) /to arm, equip, array/ Hoa sebetsa: ho bokella kapa ho nka
sebetsa kapa dibetsa tse ngata bakeng sa ntoa. Tlh. Ho na le batho ba sebedisang
lentsoe, “ama” eleng sothofatso ya lentsoe la senyesemane, “to arm”.
Hlometse (hlo-me-tse) /armed/ E boemong ba dihlomo: e bonahalang ka dibetsa tse
ngata tsa ntoa; e itokiseditseng ntoa le ho hlasela.
Hlometse (hlu-me-tse) /armed/ Bokgale ba ho hlomela.
Hlomoha (hlo-mu-ha) /sad, poignant/ Ho bontsha ho hlonama; ho sareloa kapa ho
hloka thabo; ho hloka monate moyeng. Ho bontsha mahlomola. (bap. hlonama).
Hlomohile (hlo-mo-hi-le) /sad/ E bontshang ho se thabe; e hlokang thabo kapa
monyaka; e bontshang tlhonamo kapa masoabi. Bokgale ba ho hlomoha.
Hlomola (hlo-mu-la) /to depress, disconsolate, to stress/ Ho utloisa bohloko ka
diketso tse itseng; ho hlonamisa pelo. Ho mpefatsa boemo ba motho emong; ho
hlonamisa ka diketso tse sa rateheng.
Hlompha (hlomp-ha) /respect/ Ho bontsha boikokobetso; ho ananela taelo; ho
mamela batsoadi le batho ba baholo; ho rata wa heno; ho se tlole molao; ho etsa ketso
tse lokileng; ho se etse boithatelo. Ho bontsha lerato ka ho bua mantsoe a matle.
Hlomphana (hlomp-ha-na) /respect each other/ Ketsetsano ya ho hlompha: ho
bontsha boikokobetso ho emong; ho ananela taelo ya emong; ho mamela batsoadi le
batho ba baholo; ho rata wa heno; ho se tlole molao; ho etsa ketso tse lokileng; ho se
etse boithatelo. Ho ratana ka ho bontshana le ho buelana mantsoe a matle.
Hlompheha (hlom-pe-ha) /respectful/ Ya kapa e loketsoeng ke tlhompho ka baka la
boikokobetso kapa boemo ba yona, boitlhompho, ho rateha, ho mamela molao le ho
bua nnete. (bap. Tlhompheho, tlhompho).
Hlomphile (hlomp-hi-le) // Bokgale ba ho hlompha.
Hlomphiloe (hlomp-hi-lwe) // Boetsuwa ba ho hlompha.
Hlomphisa (hlomp-hi-sa) // Ketsiso ya ho hlompha: ho etsa hore motho a hlomphe.
Hlompholla (hlom-pul-la) /disrespect/ Ketsollo ya ho hlompha: ho bontsha tello ka
ho etsa diketso tse mpe, tse tsoileng tseleng, kgahlanong le. (bap. Tlhomphollo).
Hlonama (hlu-na-ma) /sad/ Ho lahleheloa ke thabo; ho hloka monyaka; ho se be le
monate pelong; ho sisa pelo. (mm. Tlhonamo).
Hloname (hlu-na-me) /sad/ Bokgale ba ho hlonama: ya hlokang thabo ka lebaka la ho
utloa bohloko pelong. (mm. hlonamela).
Hlonamisa (hlu-na-mi-sa) /sadden/ Ketsiso ya ho hlonama: ho baka hore motho a
lahleheloe ke thabo, a hloke monyaka; ho se be le monate pelong; ho sisa pelo.
Hlonchoa (hlon-chwa) (hlontjhwa) /respected, honoured/ Boetsuwa ba ho hlompha.
Hlooho (hlaw-haw) (hloho) /head/ Setho sa mmele se akgang boko, lehata, senketse,
moriri, sefahleho, phatla le ditsebe; setho sa mmele se ka hodima molala, kapa se
itshetlehileng ka molala. /bon. dihloho/ (bap. sefahleho). Mael. Motsoalle wa hlooho
ya kgomo: motho eo emong anang le kamano e ntle haholo ya bokgotsi. Mael. Ho ja
masapo a hlooho: ho nahanisa se boletsoeng. Ho nahana haholo ka boemo bo itseng.
Ho nahana ka ho batla tharolloa ya bothata bo itseng. Mael. Dia bela dia hloeba,
makgulo ho psha a matala, koma re sala re di otla ka hlooho: motho ho tsofala le ho
133
134
kgathala ya neng a le motle, matla, a tseba ho bina, e le kgeleke, a le mafolofolo ebile
a tumme haholo mme a qetelle a tsofetse, a le mobe ebile a hloka matla le botle joalo
ka pele.
Hlooko (hlaw-aw-kaw) /careful/ Ho ba leihlo le nchocho; ho ba tsebe lethoethoe; ho
mamedisisa le ho utloisisisa. (bap. Hloko).
Hlopha (hlup-ha) /to irk, trouble/ Ho tshoenya ka diketso; ho latella ka makgetlo a
mangata; ho tena maikutlo a motho; ho dula molaleng. (bap. tena).
Hlopha (hlawp-ha) /arrange, park/ Ho lokisa ka tatellano; ho beha ka lenane kapa ka
tlhatlhamano e makgethe.
Hlopheha (hlup-he-ha) /to be poor/ Ho hloka ntho tse hlokahalang bophelong; ho
hula ka thata; ho futsaneha; ho ba mofutsana.
Hlophehile (hlu-phe-hi-le) /poor/ Ho ba boemong ba ho hloka dintho tse hlokahalang
bophelong; ho ba mofutsana; ho ba mofumanehi.
Hlophehile (hlu-phe-hi-le) // Bokgale ba ho hlopheha.
Hlophehisa (hlu-pe-hi-sa) /impoverish/ Ho etsa hore motho a futsanehe; ho
futsanehisa; ho etsa hore motho a hlophehe. Ketsiso ya ho hlopheha.
Hlophehisoa (hlu-pe-hi-swa) // Boetsuwa ba ho hlopheha.
Hlophisa (hlo-pi-sa) /to arrange, to make ready, to file/ Ketsiso ya ho hlopha: ho
lokisa ka tatellano; ho beha ka lenane kapa ka tlhatlhamano e makgethe.
Hlophisetsa (hlo-pi-se-tsa) /to prepare/ Ketsetso ya ho hlopha.
Hlophisitse (hlo-phi-si-tse) /arranged/ Bokgale ba ho hlophisa.
Hlophisitsoe (hlo-phi-si-tswe) /organised/ Boetsuwa le bokgale ba ho hlophisa.
Hlophisoa (hlo-phi-swa) /arranged/ Boesuwa ba ho hlophisa.
Hlopholla (hlop-hul-la) /dismantle, misfile/ Ketsollo ya ho hlopha: ho etsolla se
hlophisitsoeng kapa se lokisitsoeng.
Hlophollo (hlop-hul-law) /dismantling, misfiling/ Ketso ya ho hlopholla: ho etsolla
se hlophisitsoeng kapa se lokisitsoeng. Lentsoe le nepahetseng ke “tlhopollo” hofeta
“hlophollo”. (bap. tlhopollo).
Hlora (hlaw-ra) /sad/ Ho hloka monyaka; ho lahleheloa ke ho tsheha; ho hloka
monate wa ho tsheha; ho hloka motlotlo.
Hlorela (hlaw-re-la) /long for/ Ketsetso ya ho hlora: ho hlora bakeng sa.
Hlorile (hlo-ri-le) /sad/ Ho ba boemong ba ho hloka monyaka; ho lahleheloa ke ho
tsheha; ho hloka monate wa ho tsheha; ho hloka motlotlo.
Hlorisa (hlo-ri-sa) /persecute/ Ho sotla motho ka ho mo phedisa ha bohloko; ho mo
kgakgatha, ho mo otla, ho mo jarisa moroalo o boima kapa ho etsisa ketso tsohle tse
mpe tse boima.
Hlorisitse (hlo-ri-si-tse) /persecuted/ Bokgale ba ho hlorisa.
Hlorisitsoe (hlo-ri-si-tswe) /persecuted/ Boetsuwa le bokgale ba ho hlorisa.
Hloro (hlaw-raw) /pinnacle, apex/ Qhoweng ya thaba kapa moaho; qetellong ya
bophahamo ba thaba, moaho kapa ntho e phahameng haholo. (bap. tlhoro).
Hlotha (hlu-ta) // Ho ntsha masiba kgohong kapa nonyaneng; ho hlokisa masiba ka
ho a poma. (bap. hloba).
Hlothaka (hlu-ta-ka) // Phethako ya ho hlotha.
Hlotheha (hlu-te-ha) // Ketsahalo ya ho hlotha: ho tsoa masiba ntle le ho a ntsha; ho
lahleheloa ke masiba.
Hlothile (hlu-thi-le) // Bokgale ba ho hlotha.
Hlothola (hlu-tu-la) /clutch, grip, seize/ Ho nka ka ho phamola; ho nka hampe ka ho
hula matsohong a motho emong; ho nka ntle le tumello.
Hlotholaka (hlu-tu-la-ka) // Phetako ya ho hlothola.
134
135
Hlotsa (hlo-tsa) /limping/ Ho tsamaya ka ho qhiletsa; ho bontsha temalo
motsamaong; ho qhuqha mohatong. Ho se tsamaye hantle ka baka la ho lemala.
Hlotse (hlu-tsi) /irreparable, incurable, irremediable/ E sa lokiseheng; e kekeng ya
loka; e hlolehang ho fola kapa ho loka. E boemong bo thata ba ho lokiseha. (bap.
baehlotse).
Hlotse (hlu-tsi) // Bokgale ba ho hlola.
Hlotse (hlaw-tse) /Leribe town in Lesotho/ Enngwe ya ditoropo tsa setereke sa
Leribe e naheng ya Lesotho e mahareng a setereke sa Berea le Butha-Buthe.
Hlotsisa (hlo-tsi-sa) /to limb/ Ketsiso ya ho hlotsa. Ho qhiledisa.
Hlotsoe (hluts-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho hlola.
Hloya (hlo-ya) /hate/ Ho hloka lerato. Ho se rate motho kapa ntho e itseng. Ho
bontsha bobe kapa tlhokeho ya mosa kgahlanong le motho kapa ntho.
Ho (hu) /to/ Mohl. Lentsoe le etsang hore leetsi ebe lereho kapa lebitso; lentsoe le
tlang pele ho leetsi ho hlalosisa se etsahalang kapa ho hlalosa ketsahalo. Ho tsamaya.
Ho bua. Ho thola feela ntle le lebaka. Ho ngangisana ka puo ya Sesotho lolololo.
Ho (hu) /by/ Mohl. O tsamaya ka ho noanya. O bua ka ho kenya ditlhapa tse
tshabehang. Ke phela ka ho thusoa.
Ho (ho) /this one/ Lesupa le bontshang ntho e haufinyane. (bap. hoane).
Ho (ho) /exclamation: stop it! Wait!/ Lekgotsa le laelang ho emisa kapa ho kgina.
Hoa (hwa) (hwa) /of/ Ya motho kapa ntho e itseng. Seemedi se bontshang thuo ka ho
supa seo eleng sa mmuwi kapa mmuwiswa. Mohl. Ho ke hoa mang? Che, ke hoa ka.
Hoaka (hwa-ka) /mine/ Seemedi se bontshang thuo ka ho supa hoo eleng hoa moetsi
kapa mmuwi. Hoo eleng hoa nna. Hoo ho leng boikarabelong baka. (mm. Hwaka).
Hoama (hwa-ma) /of oil: solidify/ Ho thatafala hoa ntho e mafura. (bap. qhibidiha).
Hoamisa (hwa-mi-sa) /to solidify/ Ho etsa hore mafura a thatafale.
Hoamisitse (hwa-mi-si-tse) // Bokgale ba ho hoama.
Hoamisitsoe (hwa-mi-sits-we) // Boetsuwa ba ho hoamisa.
Hoamme (hwam-me) // Hoa mafura: a thatafetseng; a tiileng kamora ho hatsela.
Hoane (hwa-ni) /that one/ Lesupa le bontshang ntho e hojana. (mm. Hwane).
Hoanene (hwa-ni-ni) /that one over there/ Lesupi le bontshang ntho e hojana ka ho
toboketsa. (mm. Hwanene).
Hoanta (hwa-nta) /march, rush, haste, hurry/ Ho tsamaya ka potlako le boikonko;
ho tsamaya ka motsamao o hlophisitsoeng joalo ka wa sesole. (mm. Hwanta).
Hoantaka (hwa-nta-ka) // Ho tsamaya ka boikonko. Phetako ya ho hoanta.
Hoatalla (hwa-tal-la) /persue/ Ho latella ka sekgahla. Ho sala morao ka ho batlisisa
se itseng; ho latellisa ka ho botsa dipotso tse latellanang. (mm. Hwatalla).
Hoatallela (hwa-tal-le-la) /persue repeatly/ Ho sala morao ka mokgoa oseng motle.
Hoayahoaya (hwa-ya-hwa-ya) /internal discomfort/ Ho se be monate ka maleng ka
baka la sejo kapa seno se itseng se bakang lesokolla kapa bohloko bo itseng; lekukuno
le utloahalang karolong enngwe ya mmele. (mm. Hwayahwaya, hoaeahoaea).
Hoba (hu-ba) /because/ Ka lebaka la; ka mora ketsahalo e itseng. Mohl. O na le
lehloyo hoba re nyatsa mekgoa ya hae. Re a lla Hoba re utloile ka lefu la hae. O keke
wa lematsa kgarebe hoba fela o batla ho kgaohana le wena.
Hoba (hu-ba) /after/ Ka mora hore. Mohl. Hoba re tsamaye, ba sala ba tsheha.
Hoba (hu-ba) /brink of boiling point/ Ho ba makgatheng a ho bela hoa metsi; ho etsa
modumo wa metsi a batlang ho bela.
Hobane (hu-ba-ne) /because/ Ka lebaka la; lebakeng la; ka hore ho le joang? ho araba
potso kapa lentsoe “hobaneng”. Mohl. Hobaneng o rata leshano tje? Hobane ke
tshaba ho bua nnete. Hobaneng o le motenya hakana? Hobane ke ja haholo.
135
136
Hobaneng (hu-ba-ne-ng) /why/ Ka lebaka lefeng? lebakeng lefe? Ho araba potso
kapa lentsoe “hobane”. Mohl. Hobaneng o rata leshano tje? Hobane ke tshaba ho
bua nnete. Hobaneng o le motenya hakana? Hobane ke ja haholo.
Hobe (ho-be) /so that, in order to/ Hore ho be ka tsela e itseng. Mohl. Re batla hore
hobe monate mona lapeng. Tlh. Hangata lentsoe lena “hobe” le ya arohangoa, ho be.
Empa ho molemo ho le kopanya ho phema pherekano ya ho hlalosa mantsoe “ho”
mmoho le “be” a arohane.
Hobe (hu-bi) /bad/ Hoa boemo: bo hlokang monate kapa botle; bo sa kgahliseng; ho
hlokahala hoa monate kapa botle. Mohl. Ho hobe ntja di neka maloala. Ho hobe
haholo hobanepula e na ka sefako.
Hobela (hu-be-la) /dance/ Ho fochosela ka ho phahamisa maoto; ho etsa motjeko wa
setho wa banna ba Basotho. (bap. mohobelo).
Hobela (//) /batter, cane, thwack/ Ho natha ka phafa kapa ka kubu; ho mamola ka
kubu kapa phafa. (bap. otla, shapa).
Hobula (ho-bu-la) /bark/ Hoa ntja: ho etsa modumo kapa sello sa khalefo kapa
bohale ba ntja; ho lla hoa ntja kapa phoofolo e tshoanang le yona. (bap. bohola).
Hobutse (ho-bu-tse) /barked/ Bokgale ba ho hobula. Tem. Bongata ba Basotho ba re
lentsoe le nepahetseng haholo ke “bohola” le “bohotse” hofeta “hobutse” le “hobula”.
Hochang (ho-cha-ng) /fellow, chap, guy, bloke/ Motho eo ho buuwang ka yena ha a
etsa ketso e kgethehileng; motho, haholo e motona, ha ho hlalosoa seo a se etsang se
itseng ka tsela ya bosoasoi. /bon. Bachang/ Tlh. Le ha lentsoe lena “hochang” le
utloahala joalo ka mantsoe a mabedi eleng “ho” le “chang”, ho molemo ho le sebedisa
le kopane ho fana ka moelelo o utloahalang. (bap. moeka). Mohl. Hochang ha ho
utloisisi hore seo a se etsang ha se ya loka. Ke ha hochang ho mo tsipa ka lenala.
Hodima (hu-di-ma) /on top of/ Ka nqa ya sebaka se phahameng; moo ho phahameng;
ka nqa e hodimo ya lehlakore; lelatodi la tlasa.
Hodimo (hu-di-mu) /high/ Bophahamong kapa moo mahlo a lelalang ha a tadima;
sebakeng kapa lehlakoreng le phahameng. Mael. Ho ya le kgongoana hodimo: ho
itebala kapa ho lebala ka se kotsi se ka etsahalang. Mael. Mathata a hloele manolo
hodimo: ho boima hofeta kamoo ho neng ho lebeletsoe kateng. Ha ho bonolo ho ya ka
tsela eo eneng e nahannoe.
Hodimo (hu-di-mu) /up/ Nqa ya sebaka se phahameng; lehlakoreng le yang
bophahamong ntle le tlase. Mael. Mathata a hloele manolo hodimo: ho boima hofeta
kamoo ho neng ho lebeletsoe kateng. Ha ho bonolo ho ya ka tsela eo eneng e
nahannoe.
Hodisa (hu-di-sa) /enlarge, extand, expand/ Ho eketsa boholo, bophara, botenya
kapa bolelele; ho etsa hore ntho e be kgolo.
Hodisa (//) /raise/ Ho kokomosa hlama kapa sejo se itseng; ho eketsa boholo.
Hoeba (hwe-ba) /trade/ Ho sebetsana le tsa kgoebo; ho etsa mosebetsi wa ho reka le
ho rekisa; ho etsa mosebetsi wa mohoebi. (mm. hweba).
Hoebisa (hwe-bi-sa /trade in/ Ketsiso ya ho hoeba: ho rekisa le ho reka.
Hoechetsa (hwe-che-tsa) /murmur, whisper/ Ho bua ka ho etsa modumo o sa
utloahaleng; ho buela fatshe ka lentsoe le tlase. (mm. Hwetjhetsa).
Hoeela (haw-ye-la) (hweela) /mate: of animals/ Ho kotana hoa diphoofolo; ho
bokana kapa ho kopana ka ho emarisana hoa diphoofolo. (bap. hoela).
Hoehla (hwe-hla) /wave hand/ Ho phahamisetsa letsoho ka sepheo sa ho dumedisa
kapa ho bitsa motho ya hojana. (mm. Hwehla).
136
137
Hoela (hwe-la) /of animals: to mate/ Ho kotana hoa diphoofolo ho bakoang ke ho
palesa hoa e tshehadi. (mm. hwela) Tlh. Mmadi a ele hloko hore mantsoe, “hoela”
(hoeela) le “hohela” a na le meelelo e fapaneng.
Hoelehetsa (hwe-le-he-tsa) /yell, shout/ Ho phahamisa lentsoe haholo ka baka la ho
bitsa motho kapa ntho e itseng; ho phahamisa lentsoe bakeng sa ho batla thuso.
Hoeleketsa (hwe-le-ke-tsa) /stammer, stumble/ Ho bua ka tsela e sa hlakang ka baka
la bokudi bo itseng; ho bua joalo ka lehoeleketsi kapa lehoelea. (bap. lehoelea).
Hoeleketso (hwe-le-ke-tso) /stammering, stumbling/ Ketso ya ho hoeleketsa: ho bua
ka tsela e sa hlakang ka baka la bokudi bo itseng; ho bua joalo ka lehoeleketsi kapa
lehoelea. (bap. lehoeleketsi).
Hoeletsa (hwe-le-tsa) (hoelehetsa) /yell, shout/ Ho phahamisa lentsoe haholo ka baka
la ho bitsa motho kapa ntho e itseng; ho phahamisa lentsoe bakeng sa ho batla thuso.
Hoeloa (hwe-lwa) // Boetsuwa ba ho hoela. (mm. hweelwa).
Hoerea (hwe-ri-a) /to disagree, quarrel, wrangle/ Ho hanyetsana: ho se dumellane
ka dipuo kapa ka maikutlo; ho loantshana ka diketso le ka dipuo. (bap. ngangisana)
Hoereana (hwe-ri-ana) /disagree, quarrel, wrangle/ Ketsetsano ya ho hoerea: ho se
dumellane ka dipuo kapa ka maikutlo; ho loantshana ka diketso le ka dipuo.
Hoereano (hwe-ri-a-naw) /disagreement, wrangling/ Ketso ya ho hoereana: boemo
ba ho se dumellane ka dipuo kapa ka maikutlo; ho loantshana ka diketso le ka dipuo.
Hoeso (hwe-su) /my thing/ Seemedi se bontshang thuo ka ho supa hore ntho ke ya
mmuwi kapa moetsi; ntho eo eleng ya mmuwi kapa moetsi. (mm. hweso).
Hoetla (hwe-tla) (hwetla) /autumn/ Nako ya selemo e tlang ka mora Lehlabula pele
ho Mariha; nako ya selemo e qalang ka kgoedi ya Tlhakubele hofihlela ka kgoedi ya
Motsheanong ka boroa ba lefatshe. (bap. lehlabula, mariha, selemo). (mm. hwetla).
Hoetse (hwe-tse) // Bokgale ba ho hoela.
Hoetsoe (hwe-tswe) // Boetsuwa le bokgale ba ho hoela.
Hofe (ho-fe) /which one/ Lebotsa le bontshang ho batla ho tseba ka ho qolla ntho eo
ho buuwang ka yona. Mohl. Ke hofe hona ho? O batla hofe?
Hofeng (ho-fe-ng) /which one/ Lebotsa le bontshang ho batla ho tseba ka ho qolla
ntho eo ho buang ka yona ka ho toboketsa. Mohl. Ke hofeng hona ho? O batla
hofeng? O bua ka hofeng?
Hofeta (hu-fe-ta) /more than/ Ka tsela e ka hodimo ho enngwe; ka tsela kapa
mokgoa o motle kapa o mobe ha ho bapisoa le omong o boleloang. Tem. Lentsoe
lena, “hofeta” le utlohala joalo ka karolo ya mantsoe a mabedi a fapaneng: “ho feta”.
Sepheo sa ho a kopanya ho etsa lentsoe leleleng ke ho qoba pherekano e ka hlahang
ya ho hlalosa lentsoe, “feta” le ikemetse. Empa moo le sebedisoang leleleng ke ha le
hlalosa motsamao joalo ka ha re ka re: “a feta pela sefate”. “A feta ho se ya
mmonang”. Mona lentsoe lena le hlalosa ho tlohela ka morao; ho matha haholo ka
sepheo sa ho feta motho kapa ntho. (bap. feta).
Hofihlela (ho-fi-hle-la) /untill, till/ Ka nako e hlalosoang ka mora potso; ka nako e
boleloang ka ho hlalosa. Tem. Lentsoe lena, “hofihlela” ke karolo ya mantsoe a
mabedi a fapaneng: “ho fihlela”. Sepheo sa ho a kopanya ho etsa lentsoe leleleng ke
ho qoba pherekano e ka hlahang ya ho hlalosa lentsoe, “fihlela” le ikemetse. (sheb.
fihlela bakeng sa tshebediso).
Hofola (hu-fu-la) /pull roughly/ Ho hula ha bohloko ka thata; ho hula ntle le
qenehelo ka ho utloisa bohloko. (bap. tsukutla, hulaka).
Hofolaka (hu-fu-la-ka) // Phetako ya ho hofola: ho hofola ha ngata.
Hofotse (hu-fu-tse) // Bokgale ba ho hofola.
Hofotsoe (hu-futs-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho hofola.
137
138
Hoha (ho-ha) /hi, hello! Hola!/ Tumediso kapa tumedisano ya banna; lekgotsa le
sebedisoang ho dumedisa motho e motona. Mohl. Hoha monna heso!!
Hohang (ho-ha-ng) /of course no!/ Lekgotsa le bontshang khanyetso kapa ho se
dumella le ketso kapa ketsahalo e itseng. (bap. Lekgale) Mohl. Nkekebe ka tsamaya
hohang! Che, hohang ha ho joalo!
Hohela (haw-he-la) /attract, attractive/ Ho nkeha kapa ho bitsa ka baka la chebahalo
e ntle; ho kgahla leihlo; ho ba le chebeho e ntle. (bap. hoeela).
Hohetse (ho-he-tse) // Bokgale ba ho hohela.
Hohetsoe (ho-he-tswe) /attracted/ Boetsuwa le bokgale ba ho hohela.
Hohla (hu-hla) /abrase/ Ho etsa hore ntho e mahoashe e be boreledi; ho tlosa lerole
kapa dithole nthong e itseng ka ho e otlanya le lebota. Ho sebedisa sefalo ho tlosa
mahoashe.
Hohla (//) /thwack/ Ho shapa kapa ho natha ka ho kopanya le mabota.
Hohle (ho-hle) /everywhere/ Sebakeng sohle; kae le kae moo mahlo a finyellang
teng; sebaka ka botlalo le bophara ba sona. (bap. kae-kapa-kae).
Hohle-hohle (//) /everywhere/ Sebakeng sohle; kae le kae moo mahlo a finyellang
teng; sebaka ka botlalo le bophara ba sona. (bap. kae-kapa-kae).
Hohlehohle (ho-hle-ho-hle) /by all means/ Ka tsela yohle eo ho kgonahalang ka
yona; ka mekgoa yohle e teng. Mohl. O tlamehile ho fihla ka hohlehohle!
Hohola (hu-hu-la) /erode/ Hoa mobu: ho nkoa ke metsi kapa moya nakong tsa pula
ya sekgohola le moya o mongata; ho tsamaisa mobu le metsi kapa moya; ho nkoa ke
metsi . (bap. kgohola).
Hohola (hu-hu-la) /eradicate, efface, root out/ Ho tlosa ka sefefo; ho fedisa ka
sekgohola; ho ntsha kapa ho timetsa ka sefefo.
Hoholeha (hu-hu-le-ha) /effaceble/ Ketsahalo ya ho hohola: ka tsela ya ho tsamaisa
mobu le metsi kapa moya; ho nkoa ke metsi.
Hoholella (hu-hu-lel-la) /efface with/ Ho hohola mmoho le; ho nkoa hoa mobu ke
metsi kapa moya mmoho le.
Hohong (ho-hu-ng) /another one/ Seemedi se bontshang ntho ka ho e qolla hara tse
ding. (bap. Emong, babang, tseding, enngwe, lethonyana).
Hoja (ho-ja) /if/ Ebang ka; ebang wa, ebang ra; ebang tsa; ebang ya. (bap. ebang)
Hojana (hu-ja-na) /further/ Hole hanyane; bohole bo fetang bo tloaelehileng.
Hojane (ho-ja-ni) only if/ Ebang ke ile ka; ebang o ile wa, ebang re ile ra; ebang di ile
tsa; ebang e ile ya (bap. ebang).
Hojaneng (ho-ja-ni-ng) /only if/ Ebang ke ile ka; ebang o ile wa, ebang re ile ra;
ebang di ile tsa; ebang e ile ya (bap. ebanyaneng).
Hoka (hu-ka) /connect/ Ho kopanya ntho kapa sebaka le; ho etsa hore ntho di
kopane; ho etsa hore dintho di be mmoho.
Hokae (hu-ka-e) /where/ Lesupa le bontshang sebaka ka ho botsa; lentsoe le batlang
ho tseba sebaka. Mohl. O ya hokae ha o tloha mo? Ke motho wa hokae eo?
Hokahana (hu-ka-ha-na) // Ketsahalo ya ho hokahanya.
Hokahantse (hu-ka-han-tse) // Bokgale ba ho hokahanya.
Hokahantsoe (hu-ka-hants-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho hokahanya.
Hokahanya (hu-ka-han-ya) /amalgamate, combine, connect/ Ho etsa hore dibaka di
kopane; ho etsa hore dintho tse itseng di be mmoho tlasa taolo e le nngwe. Ho etsa
hore bongata e be bonngwe. (bap. kopanya).
Hoki (ho-ki) /pig/ E nngwe ya diphoofolo tsa hae eo hangata e bang tenya, e jang
dimela kapa nama, ebile e le bohlasoa haholo. /bon. dihoki/ (bap. kolobe).
Hoko (ho-ko) /pig-sty/ Ntlo ya hoki; lahae la kolobe; moaho wa fariki.
138
139
Hola (hu-la) /grow/ Ho eketseha hoa mmele ka bolelele kapa botenya; ho eketseha
hoa kelello ka baka la dilemo tse phetsoeng.
Hola (ho-la) /that one/ Lesupa le bontshang ntho e hole; lentsoe le supang ntho e
hole. (bap. hoane).
Hole (hu-le) /far away, distance/ Sebaka seo ho nkoang nako e telele ha ho uwa ho
sona; sebaka seo seseng haufi kapa haufinyana.
Holea (hu-le-a) /to tie an animal/ Ho tlama ka thapo, ketane kapa ropo; ho tlama
ntho, motho kapa phoofolo hore e se balehe. (mm. Kholeo).
Holea (hu-le-a) /enslave/ Ho etsa hore motho e be lekgoba; ho etsa hore motho a be
ditlamong kapa chankaneng; ho etsa hore ntho kapa motho a se lokolohe, itaole kapa
a se ipusi. (bap. kgolehong) (mm. Kholeo, kholehong).
Holeng (hu-li-ng) /that is, the way that is/ Ka tsela eo ntho, ketso, mokgoa, tlhaloso
kapa boemo bo etsahalang ka teng. Mohl. Ka tsela eo holeng thata ka yona. Ka tsela
eo holeng hole ka teng ha ke bone hore ke tla fihla. (bap. oleng, seleng).
Holo (haw-law) /hall/ Moaho o moholo oo ho etsetsoang mokete o itseng teng.
Holoba (haw-law-ba) /creep/ Ho tsamaya joalo ka ntho e hlokang maoto; ho hosha ka
mpa fatshe. (bap. hahaba, kgasa, huhuba).
Holobela (haw-law-be-la) /creep towards/ Ketsetso ya ho holoba.
Holobile (ho-lo-bi-le) // Bokgale ba ho holoba.
Holobisa (ho-lo-bi-sa) /to creep down/ Ketsiso ya ho holoba.
Holobisoa (ho-lo-bi-swa) // Boetsuwa ba ho holoba.
Holofaditse (haw-law-fa-di-tse) /crippled/ Bokgale ba ho holofatsa.
Holofaditsoe (haw-law-fa-di-tswe) /crippled/ Boetsuwa le bokgale ba ho holofatsa.
Holofala (haw-law-fa-la) /crippled/ Ho se tsebe ho sebedisa setho kapa ditho tse
itseng tsa mmele ka baka la kotsi; ho hloleha ho sebedisa ditho tsa mmele ka baka la
temalo ya boko kapa bokudi bo itseng.
Holofatsa (haw-law-fa-tsa) /to cripple/ Ho etsa hore ntho kapa motho a hlolehe ho
sebedisa setho sa mmele, kapa kelello ka baka la bokudi, temalo kapa kotsi e itseng.
Holofatsoa (haw-law-fa-tswa) /crippled/ Boetsuwa ba ho holofatsa.
Holofetse (haw-law-fe-tse) /crippled/ E boemong ba kholofalo: e sebopehong se sa
kgoneng ho sebedisa setho kapa ditho tse ding tsa mmele ka lebaka la ho lemala kapa
ho tsoa kotsi. (bap. omelletse, kokobane).
Homa (hu-ma) // Ho kuta moriri hanyane; ho poma moriri kapa boya ka hodimo
feela; ho se kutisisi moriri.
Homa (hu-ma) // Ho etsa eka o shapa motho ka ntho e itseng empa hose joalo; ho etsa
eka ntho e itseng e ya otloa empa ho se joalo.
Homahoma (hu-ma-hu-ma) // Phethako ya ho homa: ho etsa, ka makgetlo, eka o
shapa motho ka ntho e itseng empa hose joalo.
Homela (hu-me-la) // Ho apareloa ke bohome: ho potapotoa ke peo ya semela se
homelang. (bap. bohome).
Homeloa (hu-me-lwa) // Boetsuwa ba ho homela.
Hometse (hu-me-tse) // Bokgale ba ho homela.
Hometsoe (hu-mets-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho homela.
Homme (hum-me) /consequently/ Ka hoo; ka baka leo kapa ketsahalo eo.
Hommeng (hum-ming) /consequently/ Ka hoo; ka baka leo kapa ketsahalo eo.
Homohomo (haw-maw-haw-maw) /confabulate, confabulation/ ho ba le puo kapa
puisano e sa tsitsang kapa e hlokang botio. Mohl. Ha re ke re re homohomo nna le
wena. (bap. lehomohomo).
139
140
Homohomotha (haw-maw-haw-mut-ha) /to confabulate/ Ho bua le motho kapa ho
ba le puisano e sa tsitsang kapa e hlokang botio.
Homohomotho (haw-maw-haw-mut-haw) /confabulation/ Ketso ya ho
homohomotha: puisano e hlokang botio; puo ya bosoasoi.
Homohomotsa (haw-maw-haw-maw-tsa) (confabulate) Ho bua le motho kapa ho ba
le puisano e sa tsitsang kapa e hlokang botio.
Homohomotso (haw-maw-haw-maw-tso) (confabulation) Ketso ya ho homohomotsa
kapa ho ba le puisano e hlokang botio.
Homotha (hu-mu-ta) /chat/ Ho bua le motho emong ka thoko ho kopano; ho bua
thoko ho sehlopha kapa kopano. (bap. lehomohomo).
Homotho (haw-mut-haw) /chatting/ Puisano kapa puo ka thoko ho kopano kapa
sehlopha sa batho. (bap. lehomohomo) .
Hona (ho-na) /this one/ Lesupi le bontshang ntho e haufinyana; lentsoe le supang
ntho e haufinyana. (bap. hoane, hola) Mohl. Ke batla hona ho hotlenyana.
Hona (haw-na) /this/ Mohl. Hona ho batla ho lokisoa. Hona ho monate.
Hona (hu-na) /there is, are/ Lentsoe le supang le ho bontsha ho teng, se teng, ba teng
kapa tse teng, Mohl. Hona le monyenyetsi wa hore sefefo se tla kgutla. Hona le puo e
itseng. Hona le batho ba ratang ho etsa ngangisano ka puo ya Sesotho.
Honajoale (haw-na-jwa-le) /now/ Ka sona sebaka sena; ka nako yona ena; ntle le
kgale kapa hosane; eseng maobane kapa kamoso. (bap. hanghang, hajoale, nengneng,
neng-kapa-neng) (mm. Honajwale).
Honana (ho-na-na) /this one here/ Lesupi le bontshang ntho e haufinyana ka ho
toboketsa; lentsoe le supang ntho e haufinyana ka ho toboketsa.
Honela (ho-ne-la) /giant/ Motho ya mmele o moholo, o phahameng, o nang le
ditshika tse kgolo, ebile o le matla haholo; motho ya nang le matla a maholo a mmele;
lekejakejane la motho. (bap. senatla).
Honeneng (hu-ni-ni-ng) /untill when/ Ho fihlela neng; keneneng. (bap. Keneneng).
Honeng (hu-ni-ng) /how long, untill when/ Ho fihlela neng. (bap. keneng).
Hong (hu-ng) /what thing/ Lebotsa le botsang ka ho qolla diemedi kapa lesupa joalo
ka hona, hono, jj. Mohl. Ke hong hoo? Hoo ba buang ka hona ke hong?
Hong (hu-ng) /coincidental, coincidence, happening same time/ Ka nako e le
nngwe; ka nako e tshoanang.Tsela eo diketsahalo kapa ketso e etsahalang ka nako e le
nngwe. Ho etsahala ka nako e le nngwe. (bap. sehong). Mael. Tsie e kolloa hong: ha
ho jewa kapa ho sebetsoa ho tlameha ho qaloa ka nako e tshoanang.
Hono (ho-nu) /that one/ Lesupa le bontshang ntho e hojana.
Honohela (hu-nu-he-la) /to envy/ Ho bontsha maikutlo a lehloyo la ho se kgotsofale
ke ketso e itseng e amanang le lerato la yona.
Honono (ho-nu-nu) /that one over there/ Lesupa le bontshang ntho e hojana ka ho
toboketsa.
Honya (hon-ya) // Ho kenya ntho e motsu leihlong ka sepheo sa ho le ntsha.
Honye (hon-ye) /exclamation: inside it goes!/ Lekgotsa le bontshang ho nyamela
kapa ho honyela ka potlako.
Honyela (hon-ye-la) /shrinking, to contract/ Ho etsa hore ntho e be nyane ka
sebopeho; ho nyenyefatsa ka tsela e itseng.
Honyella (hon-yel-la) /hide/ Ho ipata kgocheletsaneng; ho tshirela ka morao ho ntho
e itseng; ho se bonahale nakoana.
Honyellisa (hon-yel-li-sa) // Ketsiso ya ho honyella.
Honyetsa (hon-ye-tsa) /to shrink/ Ho etsa hore ntho ebe nyane; ho nyenyefatsa.
140
141
Honyetso (hon-ye-tso) /shrinkage/ Ketso ya ho honyetsa: ho etsa hore ntho ebe
nyane kapa e nyenyefale. (bap. khonyetso).
Hopola (hu-pu-la) /remember/ Ho tlisa kelellong; ho etsa hore ketso kapa ketsahalo e
se lebalehe; ho beha monahanong. Ho kgutlisa monahano wa ketsahalo ya pejana.
Hopola (hu-pu-la) /commemorate/ Ho etsa sehopotso sa ketsahalo ekileng ya
etsahala kgale; ho tlisa bocha pale e etsahetseng kgale. (bap. Sehopotso, khopolo).
Hopotsa (hu-pu-tsa) /remind/ Ketsiso ya ho hopola: ho etsa hore motho a hopole.
Hora (haw-ra) /an hour/ Metsotso e mashome a tsheletseng; metsotsoana e dikete tse
tharo le makgolo a tsheletseng. /bon. dihora/.
Hora (//) // Ho tlosa masalla a dijo, pitseng kapa sejaneng, ka letsoho kapa ntho e
itseng. ho fatuka bohlasoa.
Hore (hu-ri) /so that/ Ka tsela e tla lebisa ketsahalong enngwe e itseng; ka mokgoa o
tla baka ketsahalo enngwe e boleloang. Mohl. Hore o tsebe ho atleha, o tlameha hore
o ithute haholo. Hore o seke wa lemala, o tlameha ho itlhokomela.
Hore (//) /that explains the reason/ Se hlalosang seo ho buang ka sona; se bolelang
ntho e etsahalang kapa seo ho buuwang ka sona. Mohl. Ho etsa hore mollo o tuke.
Ho etsa hore ntho di loke. Ho bua hore ho kgaowe moo ho kgoehlang. Ho bina hore
lentsoe le che kapa le fele.
Horeng (hu-ri-ng) /why/ Lebotsa le batlang ho tseba lebaka leo ntho e etsahalang ka
lona; lentsoe le sebedisoang ho batla ho tseba lebaka la ketsahalo kapa ketso. Ka
lebaka lefeng? lebakeng lefe? Mohl. Horeng wena o re sia? Tem. Hangata Basotho
ba Borwa ha ba sebedise lentsoe lena “horeng” empa ba kgetha lentsoe “hobaneng”.
Horisa (ho-ri-sa) /to remove remnants, efface/ Ketsiso ya ho hora: ho tlosa masalla
a dijo, pitseng kapa sejaneng, ka letsoho kapa ntho e itseng.
Horoto (haw-raw-taw) // Lerapo kapa lesela le thata le sebedisoang ho tshehetsa sale
ho potoloha mpa ya pitsi e qhanehoang e tlo kalangoa. /bon. dihoroto/.
Horula (ho-ru-la /to drain/ Ho tlosa masalla a metsi kapa ntho e metsi ka hara pitsa
kapa setshelo; ho metsa se salletseng ka setshelong ka letsoho kapa ntho e itseng.
Horuloa (ho-ru-lwa) /drained/ Boetsuwa ba ho horula.
Horutse (ho-ru-tse) /drained/ Bokgale ba ho horula.
Horutsoe (ho-ru-tswe) // Boetsuwa le bokgale ba ho horula.
Hosa (ho-sa) /sillyness/ Ho etsa ketso tse mpe; ho bua dipuo tse tshabehang; ho hloka
boitshoaro bo botle. Tlh. lentsoe lena le utloahala joalo ka popo ya mantsoe a mabedi
eleng “ho” le “sa”. (bap. sele).
Hosane (hu-sa-ni) /tommorow/ Letsatsi le latelang la kajeno; letsatsi le tlang ha ho
fela la kajeno; kamoso.
Hosanna (ho-san-na) /hosanna/ Mohoo o moholo wa ho rorisa Modimo kapa Morena
Jesu; pina ya thoriso e binoang ka modumo o moholo. /bon. Dihosanna/.
Hosasa (ho-sa-ni) /tommorow/ Letsatsi le latelang la kajeno; letsatsi le tlang ha ho
fela la kajeno; kamoso kapa letsatsi le hlahlamang la kajeno. (bap. bokamoso).
Hose (hu-si) /not, without, opposite of/ Lehanyetsi kapa lefetodi le supang ho hanana
kapa ho hanyetsana le boemo bo itseng: ntle le; eseng. Tem. Lentsoe lena, “hose” ke
karolo ya mantsoe a mabedi a fapaneng: “ho le se”. Sepheo sa ho a kopanya ho etsa
lentsoe leleleng ke ho fedisa pherekano e ka hlahang ya ho hlalosa lentsoe, “se” le
ikemetse. (sheb. “se” bakeng sa tshebediso). (bap. Ntle).
Hosea (ho-se-a) /Hosea/ Buka ya bibele ya bomashome a mabedi le metso e robedi
(28) testamenteng ya kgale.
Hosele (hu-si-li) /elsewhere, something else/ Sebakeng seseng se sa tshoaneng le seo
ho buuwang ka sona. Ho fapaneng le se batloang kapa se hlokahalang.
141
142
Hoseng (hu-se-ng) /in the morning/ Nako pele letsatsi le chaba kapa ka mora hore le
chabe; nako e qalang letsatsi.
Hosengjoalo (hu-si-ng-jwa-lo) /otherwise/ Ka tsela enngwe; ka lebaka leleng; ka
mokgoa omong. Ebang hose joalo. Ebang ho sa be ka tsela e itseng.Tem. Lentsoe
lena, “hosengjoalo” ke karolo ya mantsoe a mabedi a fapaneng: “hoseng le joalo”.
Sepheo sa ho a kopanya ho etsa lentsoe leleleng ke ho fedisa pherekano e ka hlahang
ya ho hlalosa mantsoe, “hoseng” le “joalo” a ikemetse.
Hosha (ho-sha) /to move with a belly/ Ho tsamaya ka mpa; ho tsamaya ka ho phesha.
Hosha (ho-sha) /sound of river water/ Ho etsa modumo wa metsi a noka a sa
phalleng ka potlako.
Hoshe (haw-she) /I love you!/ Lekgotsa le bontshang hore motho e motona o rata e
motshehadi; lentsoe le sebedisoang ho joetsa kgarebe hore e ya ratoa. (bap. Sechu,
senyamo).
Hosho (ho-shu) /exclamation: sudden emptying!/ Lekgotsa le bontshang ho tshela
kapa ho tsholla, ho tsoa mokotleng kapa setshelong, hoa ntho e itseng.
Hosholetsa (hu-shu-le-tsa) /give one‟s share/ Ketsetso ya ho hoshotsa: ho tshella,
arolela kapa ho tshollela.
Hoshotsa (hu-shu-tsa) /give by emptying/ Ho fa kapa ho arolela ka ho tshela sohle,
tsohle kapa hohle ho ka mokotleng kapa setshelong.
Hotela (ho-te-la) /igniting/ Ho tuka hoa mollo; ho bontsha lelakabe le mosi hoa
mollo. Ho lakabela hoa mollo.
Hotetsa (ho-te-tsa) /to ignite/ Ho etsa hore mollo o tuke. (bap. lakabetsa).
Hothoe (hut-hwe) /it is said/ Ho fanoa ka taelo ya hore; ho bolela hore. Tlh. Hangata
lentsoe lena le sebedisoa le arohane: “ho thoe”. Sena se baka hore lentsoe, “thoe” le
hlalosoe leleleng, eleng ntho e sa kgonahaleng hobane “thoe” kapa “thwe” e le nngwe
hae fane ka moelelo o utloahalang. (mm. Hothwe).
Hotsula (ho-tsu-la) /disconnect from the soil, root out/ Ho ntsha semela mobung; ho
epolla sejalo ka ho se hula mobung mmoho le methapo ya sona. Ho tlisa bokatlase ba
semela kahodimo. (mm. Khotsulo). (sheb. Motsula bakeng sa tshebediso).
Hotsulaka (ho-tsu-la-ka) // Phetako ya ho hotsula.
Hotsulo (ho-tsu-law) /rooting out/ (sheb. Khotsulo bakeng sa tshebediso).
Howa (hu-wa) /uproar/ Ho bontsha mohoo; ho tletleba hoa sechaba kapa batho ba
bangata ho bontshang boipelaetso bo boholo kgahlanong le ketso e mpe.
Howa (//) (hooa) /grievance noise/ Ho etsa mohoo: ho buela hodimo ka ho se
kgotsofale ke ketsahalo e itseng; ho etsa sello sa tletlebo kapa boipelaetso.
Hoyo (hu-yaw) (ha hoyo) /of a thing: not there/ Hoa ntho eo seemedi kapa lebitso la
yona le qalang ka tlhaku “H”: e sa fumaneheng kapa e sa tholahaleng moo e batloang
teng; e sio kapa e hlokehang Sebakeng. Mohl. Ha hoyo mona le ha re ho beile
mona. Hona ha hoyo hohang. Hoo o buuwang ka hona ha hoyo! (bap. Leyo, seyo,
keyo, ayo, diyo, boyo, sio).
Hube (hu-be) /exclamation: birds expelling/ Lekgotsa le sebedisoang bakeng sa ho
tebela le ho balehisa dinonyana tse senyang masimong; lentsoe le sebedisoang ho
leleka ka ho kgotsa dinonyana serapeng sa dijalo.
Huhuba (hu-hu-ba) /of a dress or trouser: to dangle to the ground/ Hoa seaparo,
haholo mose kapa borikgoe bo boholo: ho leketlela fatshe kapa ho thetsa fatshe.
Huhubile (hu-hu-bi-le) /dangled/ Bokgale ba ho huhuba. (bap. leketlisa).
Huhubisa (hu-hu-bi-sa) /cause to dangle on the ground/ Ketsiso ya ho huhuba.
Huhubisoa (hu-hu-bi-swa) /dangled/ Boetsuwa ba ho huhuba. (bap. leketlisoa)
142
143
Hula (hu-la) /pull/ Ho tosa ntho kapa motho hore a atamele; ho atametsa kapa ho bula
ka ho sututsa nqa ya moetsi. Mael. Ho hula sefahleho: ho halefa haholo ka ho sotha
tshobotsi.
Hulahula (hu-la-hu-la) /to pull irksomely/ Ho tosa kapa ho hula motho ka tsela e sa
kgotsofatseng; ho hula ka makgetlo a mangata, hampe. (mm. khulakhulo).
Hulahulanya (hu-la-hu-lan-ya) // Ketsiso ya ho hulahula. (mm. khulakhulanyo).
Hulaka (hu-la-ka) // Phetako ya ho hula: ho tsitsinya ntho e boima, e thata, ka ho
sebedisa matla a mangata; ho tsitsinya ntho e itseng hampe. (bap. tsukutla, hofola).
Hulakanya (hu-la-kan-ya) // Ketsisiso le phetako ya ho hula.
Hulakanyoa (hu-la-kan-wa) // Boetsuwa ba ho hulakanya.
Hulanya (hu-lan-ya) // Ketsahalo ya ho hula: ho hula ka makgetlo, hampe kapa ka
tsela eo eseng ntle.
143
144
Iii
PALE:
Tlhaku ya borobong (9) ya Sesotho. Bongata ba mantsoe a qalang ka “I” ke maetsi a
bitsoang maiketsi kapa leiketsi. Hona ho bolela hore tlhaku efe kapa efe enang le
leetsi eka qala ka “I”. Hona ho bontsha hore ketso e etsahala ho moetsi. Mohlala:
bona=ipona,
sheba=icheba,
tsamaya=itsamayela,
hlanya=itlhantsha,
araba=ikaraba, ruta=ithuta. Sena se etsa hore tlhaku “I” e be le mantsoe a mangata
ao eseng a semelo.
Hape, leiketsi kapa lentsoe le qalang ka tlhaku “I” le ka etsa pokeletso ya mantsoe
(vocabulary) a fetang leshome leleleng. Mohl. Lentsoe “utloa” le tsoala mantsoe a
latelang: ikutloa, utloella, utloang, utloahala, utloahatsa, utloanang, utloe, utloile,
utloileng, utloana, utloisisa, utloisa, kutlo, kutloano, kutloisiso, kutloiso,
kutloahalo, kutloahatso, maikutlo, moikutloi. Mantsoe ana kaofela a ka fana ka
meelelo e fapaneng ha a hlalosoa.
Tlhokomediso: hase maetsi ohle a qalang ka tlaku “I” a bitsoang maiketsi (leiketsi).
Ho ntse hona le maetsi a semelo a qalang ka tlaku ena. Mohl. idibanya, ila, ine, inolla,
inetse, jj. Bongata ba maetsi a qalang ka “I” a fetohela ho “BO” ha eba mareho.
Mohlala: ikarabela=boikarabelo, ipona=boipono, itsamaisa=boitsamaiso,
Ikaha=boikaho, ikisa=boikiso, ikarabela=boikarabelo, jwalo jwalo. Ha se mantsoe
kaofela a bitsoang maiketsi a kenyeleditsoeng tlhaku ena- empa ho kgethiloe mantsoe
a tloaelehileng feela.
I (ae) /i/.
I (i) /prefix/ Sehlongoapele se etsang hore leetsi ebe leiketsi ka ho hokeloa qalong ya
lentsoe. Mohl. Ichapa=shapa, ipolaya=bolaya, icheba=sheba, inamolela=namolela,
itsamayela=tsamaya, ikgalema=kgalema, ikgalemela=kgalemela, ithuta=ruta,
inahanela= nahanela, ipoba=bona, ichadima=shadima, ipuella=buella, jj.
Ichadima (i-cha-di-ma) // Leiketsi la ho shadima. Ho sheba bowena (mm.
boichadimo, chadimo, shadimana, shadimile, shadimisisa, shadimme, shadinngoe).
Ichahlisa (i-cha-hli-sa) // Leiketsi la ho shahlisa. (mm. boichahliso, shahlile,
shahlisoa, shahlisitse, shahlisitsoe, moichahlisi).
Ichapa (i-cha-pa) // Leiketsi la ho shapa. (mm. boichapo, shapeha, chapeho, shapile,
shapiloe, shapana, chapano, shapisa, shapisoa, chapiso, moichapi).
Icheha (i-che-ha) // Leiketsi la ho cheha. (mm. boicheho, chehile, chehiloe, chehoa,
cheholla, chehollo, cheholloa, chehana, chehano, mochehi).
Ichekela (i-che-ke-la) /dig for oneself/ Leiketsi la ho chekela. (mm. boichekelo,
chekeloa, cheketse, cheketsoe, chekile, chekiloe, mocheki).
Ichena (i-che-na) // Leiketsi la ho shena. (mm. boicheno, shenela, sheneloa, shenne,
shennoe, cheno, shenana, chenano, moicheni).
Ichii (i-chi) / exclamation: ouch!/ Lekgotsa le bontshang ho utloa bohloko ka ho
ntsha seboko; lentsoe le sebedisoang ke moitsuwa ho bontsha bohloko ka ho hoeletsa
kapa ho lla ka modumo o tshoanang le lentsoe lena.
144
145
Ichoehela (i-chwe-he-la) /to mess up oneself/ Leiketsi la ho choehela. (mm.
boichoehelo, choehisa, choehisoa, choehiso, choehile, lechoeha, lechoeya,
machoeya).
Ichoesa (i-chwe-sa) /to pretend to be dead/ Leiketsi la ho shoesa. (mm. boichoeso,
shoele, shoa, shoella, shoelletse, shoelella, choello, choelello, choeso, moshui).
Ichopodisa (i-cho-pu-di-sa) /self freeing/ Leiketsi la ho chopodisa. (mm. chopolo,
boichopodiso, chopodiso, chopodisoa, chopohile, chopotse, chopola, mochopohi,
moichopodisi) .
Ichu (i-chu) /exclamation: ouch!/ Lekgotsa le bontshang ho utloa bohloko ka ho
ntsha seboko; lentsoe le sebedisoang ke moitsuwa ho bontsha bohloko ka ho hoeletsa
kapa ho lla haholo.
Ichuwi (i-chu-wi) /exclamation: ouch! ouch!/ Lekgotsa le bontshang ho utloa
bohloko ka ho ntsha seboko ka ho toboketsa; lentsoe le sebedisoang ke moitsuwa ho
bontsha bohloko ka ho hoeletsa kapa ho lla.
Idibana (i-di-ba-na) /faint/ Ho lahleheloa ke kutlo ya kelello ka baka la ketsahalo e
itseng; ho wela fatshe ke bohloko kapa tshabo. (bap. akgeha).
Idibane (idi-ba-ne) /fainted/ Bokgale ba ho idibana: e boemong ba ho lahleheloa ke
kutlo ya kelello ka baka la ketsahalo e itseng; ho wela fatshe ke bohloko kapa tshabo.
Idibanya (idi-ban-ya) // Ketsiso ya ho idibana.
Idibanyoa (idi-ban-wa) // Boetsuwa ba ho idibana.
Idimola (i-di-mu-la) (edimola) /yawn/ Ho ahlamisa molomo ka baka la mokgathala,
tlala, boroko kapa ketso e otsedisang. (bap. ahlama).
Ifo (if-aw) /fireplace/ Sebaka sa ntlo kapa moaho moo ho besoang mollo teng;
sebaka sa ho besa mollo. /bon. maifo/.
Ikabela (i-ka-be-la) /self allot, to claim/ Leiketsi la ho abela. (mm. boikabelo,
kabelano, kabo, kabelo, abeloa, abetse, abetsoe, abelana, seabo, seabi, moabi).
Ikaha (i-ka-ha) /self develop/ Leiketsi la ho aha. Ho ipeha boemong bo loketseng ho
etsa ntho e batloang. (mm. kaho, kahelano, kahelo, kahisano, ahoa, ahela, ahelana,
ahile, ahiloe, ahetse, ahetsoe, ahisa, ahisana, moahisane, moahi, moaho).
Ikahela (i-ka-he-la) // Leiketsi la ho ahela. (mm. kaho, kahelano, kahelo, kahisano,
ahoa, ahela, ahelana, ahile, ahiloe, ahetse, ahetsoe, ahisa, ahisana, moahisane, sehai,
moahi, moaho).
Ikahlola (i-ka-hlu-la) /self judging, self judgement/ Leiketsi la ho ahlola: ho
iponahatsa molato ka diketso; ho ipona mafolomabe. Mael. Letsoalo le molato lea
ikahlola: Motho ya molato o wa iponahatsa ka diketso. (mm. boikahlolo, kahlolo).
Ikakata (i-ka-ka-ta) // Leiketsi la ho kakata. (mm. kakatano, kakato, kakatana,
kakatoa, kakatile, kakatiloe, sekakata).
Ikakela (i-ka-ke-la) /to shit oneself/ Leiketsi la hokakela. (mm. makaka, lekaka,
kakile, kaketse, kaketsoe, kakela, kakelo, boikakelo, moikakedi).
Ikaketsa (ika-ke-tsa) // Ho etsa le ho bua dipuo tsa moikaketsi: ho bua seo o sa se
etseng; ho ruta seo o sa se etseng; ho hloka nnete empa o batla ho joetsoa nnete; ho
etsa diketso tse hananang le seo o se buang. /bap. moikaketsi/
Ikalolela (i-ka-lu-le-la) // Leiketsi la ho alolela. (mm. kalolo, kalo, alotse, alotsoe,
aloletse, aloletsoe, moalo).
Ikama (i-ka-ma) /to comb/ Leiketsi la ho kama. (mm. mokamo, kamana, kamme,
kanngoe, kamisisa, kamisisoa, kamisiso).
Ikama (i-ka-ma) /to touch oneself/ Leiketsi la ho ama. (mm. kamano, amana, amme,
anngoe, angoa).
145
146
Ikana (i-ka-na) /to swear/ Leiketsi la ho kana: ho hlapanya kapa ho bua puo e
bolelang nnete; ho itlama ka ho bua nnete. (mm. kano, kanne, kantsha, kantshoa).
Ikanya (i-kan-ya) // Leiketsi la ho anya: ho anya menoana hoa ngoana kapa motho
ya tloaetseng ho etsa joalo. (mm. antsha, antshoa, antse, anyisa, anyisoa, moanyi).
Ikanyesa (i-kan-ye-sa) // Leiketsi la ho anyesa: ho anya ntle le thuso ya mang kapa
mang. (mm. kantsho, kanyeso, antsha, antshoa, antse, anyisa, anyisoa, moanyi).
Ikapa (i-ka-pa) // Leiketsi la ho kapa: ho lematsa setho seseng sa mmele ka phoso ka
ho otla ka ntho e itseng. (mm. kapo, kapana, kapano, kapjoa, kapile, kapiloe, kapela,
kapelo, mokapi, moikapi).
Ikapara (i-ka-pa-ra) /to be poor/ Leiketsi la ho apara: ho bantle lediaparo; ho
futsaneha ka tsela eo ho bonahalang ka ho hloka diaparo. (mm. boikaparo, ikapere,
apere, apesa, apesoa, apesitse, apesitsoe, moaparo).
Ikapesa (i-ka-pe-sa) // Leiketsi la ho apesa: ho apara ntle le ho thusoa. (mm.
boikapeso, kapeso, apesoa, kapesano, apesana, apesitse, apesitsoe, moaparo).
Ikapola (i-ka-pu-la) /undress oneself/ Leiketsi la ho apola: ho hlobola diaparo ka
bowena ntle le thuso. (mm. boikapolo, apotse, apotsoe, apoloa, kapolo, moapodi).
Ikaraba (i-ka-ra-ba) // Leiketsi la ho araba: ho ipha karabo ya potso kapa dipotso tse
botsoang. (mm. boikarabo, boikarabelo, boikarabello, karabo, karabelo, karabiso,
arabela, arabella, arabeloa, arabetse, arebetsoe, arajoa, arabisa, arabisana,
moikarabelli, moikarabedi, moikarabi).
Ikarabella (i-ka-ra-bel-la) /accountable, responsible/ Leiketsi la ho arabela: ho fana
ka karabo mabapi le potso tse botsoang ka bowena. (mm. boikarabo, boikarabelo,
boikarabello, karabo, karabelo, karabiso, arabela, arabella, arabeloa, arebetse,
arebetsoe, arajoa, arabisa, arabisana, moikarabelli, moikarabedi, moikarabi).
Ikarola (i-ka-ru-la) /separate oneself/ Leiketsi la ho arola: ho ya nqa tse fapaneng ka
ho ya koana le koana. (mm. boikarolo, karolo, karolelano, karolelo, arotse, arotsoe,
arolela, aroleloa, aroloa, moarodi).
Ikarolela (i-ka-ru-le-la) /share for oneself/ Leiketsi la ho arolela: ho ipha dintho tse
tlamehang ho aroloa ntle le ho laeloa joalo. (mm. boikarolelo, boikarolo, karolo,
karolelano, karolelo, arotse, arotsoe, arolela, aroleloa, aroloa, moarodi).
Ikatametsa (i-ka-ta-me-tsa) /approach/ Leiketsi la ho atametsa: ho atamela
haufinyane. (mm. boikatametso, katamelo, katametso, katamelano, atametsoa,
atametse, atameditse, atameditsoe, atamela, atamelana, atamelane, moikatametsi).
Ikatela (i-ka-te-la) /to be alert/ Ho ba boemong ba ho itukisa kapa malala a laotsoe
kgahlanong le tsietsi e ka etsahalang. (mm. Boikatelo).
Ikatela (i-ka-te-la) // Leiketsi la ho katela: ho ithatela haholo ka dikobo nakong ya ho
robala. (mm. boikatelo, katetse).
Ikatisa (i-ka-ti-sa) /self produce/ Leiketsi la ho atisa: ho ikekeletsa ka ho ipha
bongata ba ntho e itseng; ho ikhudisa kapa ho iketsa kgolo. (mm. boikatiso, katiso,
katisano, atisoa, atisitse, atisitsoe, atile, atisana, seatisi, moatisi).
Ikatisetsa (i-ka-ti-se-tsa) // Leiketsi la ho atisetsa: ho ikekeletsa ka ho ipha bongata
ba ntho e itseng. (mm. boikatisetso, boikatiso, katiso, katisano, atisoa, atisitse,
atisitsoe, atile, atisana, seatisi, moatisi).
Ikatolosa (i-ka-tu-lu-sa) /self expanding/ Leiketsi la ho atolosa: ho ata ntle le ho
atisoa; ho eketseha ntle le ho eketsoa. (mm. boikatoloso, katoloso, atolosoa, atolotse,
atolotsoe, atolla, atolloa, seatolosi).
Ikebolela (i-ke-bu-le-la) // Leiketsi la ho ebolela: ho ebola ntle le ho thusoa kapa ho
etsetsoa joalo. (mm. boikebolelo, kebolo, kebolelano,ebolelana, kebolela, eboleloa,
146
147
eboletse, eboletsoe, ebotse, ebotsoe) Mael. Ho ja monakaladi wa kebolela: ho ja ha
monate le ho phela ha monate ka boiketlo.
Ikekeletsa (i-ke-ke-le-tsa) /self enrich/ Leiketsi la ho ekeletsa: ho ipha bongata ba se
teng; ho ipha maruo a teng. (mm. boikekeletso, boikeketso, kekeletso, kekeletsano,
keketso, keketseho, ekelesitse, ekeleditsoe, ekeletsa, ekeletsana, eketsa, eketsoa,
eketseha, eketsehile, leeketsi, moeketsi).
Ikeketsa (i-ke-ke-tsa) // Leiketsi la ho eketsa: ho ikatisa ka ho etsa boholo. (mm.
boikeketso, boikekeletso, kekeletso, kekeletsano, keketso, keketseho, ekelesitse,
ekeleditsoe, ekeletsa, ekeletsana, eketsa, eketsoa, eketseha, eketsehile, leeketsi,
moeketsi, dieketseng).
Ikela (i-ke-la) /to die/ Leiketsi la ho ela: ho shoa kapa ho lahleheloa ke bophelo; ho
fela hoa moya nameng ya motho. (mm. boikelo, boyabatho).
Ikela (i-ke-la) /to go, to leave/ Leiketsi la ho ela: ho ya ntle le ho romeloa; ho ikisa
ka bowena. (mm. boikelo, elana, kelano, eloa, ile, ileng).
Ikelelloa (i-ke-lel-lwa) /self realization/ Leiketsi la ho elelloa: ho hlokomela bowena
ba hao. (mm. Kelello, boikelelloi, elelletsoe, elellisoa).
Ikema (ike-ma) /to commit oneself/ Ho ipeha boemong ba ho etsa ketso e itseng ho
feta kamoo ho hlokahalang kateng. Mohl. Hee motho a se ke a ikema ka ho bua!
Ikemela (ike-me-la) /self representing/ Leiketsi la ho emela: ho ba ntle le thuso ya
mang kapa mang; ho ba ntle le mothusi. (mm. boikemelo, kemelo, kemelano,
emelana, emeloa, emetse, emetsoe, seemedi, moemedi).
Ikemetse (ike-me-tse) /independent, liberated/ Leiketsi la ho emetse: e sa hlokeng
thuso kapa ho thusoa. (mm. boikemelo, kemelo, kemelano, emelana, emeloa, emetse,
emetsoe, seemedi, moemedi).
Ikemisa (i-ke-mi-sa) // Leiketsi la ho emisa: ho ema ntle le ho thusoa; ho raoha ka
bowena ntle le thuso. (mm. boikemiso, kemiso, kemisano, emisa, emisana, emisoa,
emisitse, emisitsoe, eme, emela, emelana, moemo).
Ikemisetsa (i-ke-mi-se-tsa) /prepared, ready/ Leiketsi la ho emisetsa: ho ba
makgatheng a ho etsa ketso e itseng ka bowena. (mm. boikemisetso, boikemiso,
emisetsoa, emisitse, emisitsoe, moikemisetsi).
Ikepela (i-ke-pe-la) // Leiketsi la ho epela: ho ikenya tlasa mokoti kapa tlasa mobu
ka bowena. Mael. Kea shoa kea ikepela: ke o rata haholo feela. (mm. boikepelo,
kepelo, epeloa, epetse, epetsoe, epile, epiloe, moepi).
Iketla (i-ke-tla) /relax, laze/ Ho dula ntle le ho sebetsa; ho dula ka boiketlo ntle le
mosebetsi; ho se etsa letho le boima; ho ithabisa ka mora mosebetsi; ho phomola ha
monate. Leiketsi la ho ketla. (mm. Ketla).
Iketlile (i-ke-tli-le) /relaxed/ E boemong bo hlokang mosebetsi; e phomotseng ha
monate ebile e sa sebetse ka thata. Bokgale ba ho iketla.
Iketsetsa (i-ke-tse-tsa) /self help/ leoketsi la ho etsa: ho etsa ntle le ho thusoa; ho etsa
se itseng ka bowena.
Ikgabisa (i-kha-bi-sa) /self decorate/ Leiketsi la ho kgabisa: ho ikenya mekgabo le
ntho tse ding tse ntle. (mm. boikgabiso, kgabiso, kgabisoa, kgabisitse, kgabisitsoe,
kgabile, mokgabo, moikgabisi).
Ikgahla (i-kha-hla) /self admiring/ Leiketsi la ho kgahla: ho ipona botle kapa ho
iphumana o le motle. (mm. boikgahlo, kgahleho, kgahlo, kgahloa, kgahlile,
kgahliloe, kgahlana, kgahlano, moikgahli).
Ikgahlisa (i-kha-hli-sa) /self gratifying/ Leiketsi la ho kgahlisa: ho etsa diketso tse
ratoang ke bowena ba hao feela. (mm. boikgahliso, boikgahlo, kgahlisana, kgahliso,
kgahlisoa, kgahlisitse, kgahlisitsoe, moikgahlisi).
147
148
Ikgakanya (i-kha-kan-ya) /disguise, comouflage/ Leiketsi la ho kgakanya: ho iketsa
eka ha o utloe kapa bone letho empa ho se joalo. (mm. boikgakanyo, kgakanyo,
kgakantsho, kgakantse, kgakantsoe, moikgakanyi).
Ikgalefisa (i-kha-le-fi-sa) // Leiketsi la ho halefisa: ho kgena kapa ho halefa ntle le
lebaka le utloahalang. (mm. boikgalefiso, kgalefo, kgalefelo, halefela, halefeloa,
halefelana, halefetse, halefetsoe, mohalefi).
Ikgalema (i-kha-le-ma) /self restrain/ Leiketsi la ho kgalema: ho itjoetsa ho tlohela
phoso kapa sebe. (mm. boikgalemelo, boikgalemo, kgalemo, kgalemano, kgalema,
kgalengoa, kgalemme, kgalemetse, kgalemetsoe, kgalemile, moikgalemi).
Ikgalemela (i-kha-le-me-la) /self control/ Leiketsi la ho kgalemela: ho itjoetsa ho
tlohela phoso kapa sebe ka bowena ntle le ho joetsoa. (mm. boikgalemelo,
boikgalemo, kgalemo, kgalemano, kgalema, kgalengoa, kgalemme, kgalemetse,
kgalemetsoe, kgalemile, moikgalemi).
Ikgama (i-kha-ma) /self hanging, suicide/ Leiketsi la ho kgama: ho ipolaya ka ho
kenya lerapo molaleng. (mm. boikgamo, kgamano, kgamme, kganngoe, kgamana,
kgamisisa, moikgami).
Ikgana (i-kha-na) (ikhana) /self denying/ Leiketsi la ho hana: ho se dumellane le seo
oleng sona; ho se ipatle. (mm. boikhano, khanano, khano, hanoa, hannoe, hanela,
haneloa, hanetse, hanetsoe, mohanyetsi).
Ikgaqisa (i-kha-qi-sa) /drown oneself/ Leiketsi la ho kgaqisa: ho kena metsing a
mangata ntle le ho tseba ho sesa. (mm. boikgaqiso, kgaqiso, kgaqisoa, kgaqisitse,
kgaqisitsoe, kgaqa, kgaqile).
Ikgara (i-kha-ra) (ikhara) /roll oneself/ Leiketsi la ho hara: ho ithatela ka ho harela
thapo kapa lerapo mmeleng. (mm. boikharo, kharo, kharelano, haroa, harelana,
harelane, haretse, haretsoe) (bap.ikhara).
Ikgarela (i-kha-re-la) /roll oneself/ Leiketsi la ho harela: ho ithatela ka ho harela
thapo kapa lerapo mmeleng. (mm. boikharelo, boikharo, kharo, kharelano, haroa,
harelana, harelane, haretse, haretsoe) (bap. Ikharela).
Ikgaruma (i-kha-ru-ma) (ikharuma) /self restrain, self shouting/ Leiketsi la ho
kgaruma: ho ikgalemela ka thata ka bowena. (mm. boikharumo, kgarumo,
kgarumana, kgarumme, kgarungoa, kgarunngoe).
Ikgasa (i-kha-sa) /self disperse/ Leiketsi la ho hasa: ho hasana hoa peo kapa ntho tse
kgonang ho haseha ntle le thuso ya motho. (mm. boikhaso, khaso, khasano, hasoa,
hasana, hasitse, hasitsoe, hasetsa, hasetsoa, mohasi) (bap. Ikhasa).
Ikgasanya (i-kha-san-ya) /self spread/ Leiketsi la ho hasanya: ho ya dibakeng tse
fapaneng ntle le ho joetsoa kapa ho laeloa ke batho babang. (mm. boikhasanyo,
khasanyo, hasanyoa, hasitse, hasitsoe) (bap. Ikhasanya).
Ikgata (i-kha-ta) /self stepping/ Leiketsi la ho hata: ho itematsa ka leoto la hao ka
phoso. (mm. boikhato, khato, khatano, khathisiso, hatoa, hatana, hatile, hatiloe,
hatisa, hatisisisa, mohato) (bap. Ikhata).
Ikgatsetsa (i-kha-tse-tsa) // Leiketsi la ho hatsetsa: ho dula serameng ka bowena ntle
le ho qojoelloa. (mm. boikhatsetso, khatsetso, khatsetsano, hatsetsoa, hatsetse,
hatsetsana, mohatsela) (bap. Ikhatsetsa).
Ikgauhela (i-kha-u-he-la) /self pity/ Leiketsi la ho hauhela: ho ikutloela bohloko ka
bowena. (mm. boikhauhelo, khauhelo, khauhelano, hauheloa, hauhetse, hauhetsoe,
haula, hauha, mohau).
Ikgaula (i-kha-u-la) // Leiketsi la ho haula: ho itlhomola kapa ho ba boemong ba
mahlomola bo bakoang ke bowena. (mm. boikhaulo, khaulo, khaulano, haulana,
hautse) (bap. Ikhaula).
148
149
Ikgentsha (i-khin-ts-ha) /anger pretence/ Leiketsi la ho kgentsha: ho kgena ka
bowena kapa ho iketsa eka o kgenne ho se joalo. (mm. boikgentsho, kgentsho,
kgeno, kgentshoa, kgenne, kgenela, kgenelo, kgenetse, kgenetsoe, moikgentshi).
Ikgesa (i-khe-sa) /self isolating/ Leiketsi la ho kgesa: ho ba ntle le batho babang; ho
ikarola sehlopheng kapa mokgatlong. (mm. boikgeso, kgeso, kgesano, kgesoa,
kgesana, kgesitse, kgesitsoe, mokgesi).
Ikgetha (i-khet-ha) /self appoint, select, nominate/ Leiketsi la ho kgetha: ho kgetha
bowena ntle le ho etsoa joalo. (mm. boikgetho, boikgethelo, kgethana, kgethano,
kgetho, kgethelo, kgethano, kgethoa, kgethile, kgethiloe, kgethetse, kgethetsoe,
kgetholla, kgetholloa, kgethollotse, kgethollotsoe, kgethollo, mokgetholli, dikgetho,
lekgethi, mokgethi, mokgethoa).
Ikgitla (i-khi-tla) /self inflicting, beating/ Leiketsi la ho kgitla: ho ikotla ka phoso
ntle le boikemisetso. (mm. boikgitlo, kgitlo, kgitloa, kgitlile, kgitliloe, kgitlana,
kgitlano, mokgitli).
Ikgoabetlella (i-kgwa-be-tlel-la) // Ho etsa dintho le ho leka ho ipatlela tse
batlahalang ka bowena ntle le thuso ya mang kapa mang; ho itshokolela ho fumana se
batlahalang ntle le thuso ya motho emong. Leiketsi la ho kgoabetlella.
Ikgoabitla (i-khwa-bi-tla) /scratching/ Leiketsi la ho kgoabitla: ho ngoaya bowena
kapa karolo enngwe ya mmele haholo ka thata. (mm. boikgoabitlo, kgoabitlo,
kgoabitloa, kgoabitlile, kgoabitliloe, moikgoabitli).
Ikgoaella (i-khwa-el-la) /saving/ Leiketsi la ho kgoaella. (mm. boikgoaello, kgaelo,
kgoaelano, kgoaeloa, kgoaetse, kgoaetsoe, kgoaolla, kgoaollo, moikgoaelli).
Ikgoasetsa (i-khwa-se-tsa) /hunting/ Leiketsi la ho kgoasetsa. (mm. boikgoasetso,
kgoasetso, kgoasetsoa, kgoasitse, kgoasitsoe, mokgoasi).
Ikgodisa (i-kho-di-sa) /proving for oneself/ Leiketsi la ho kgodisa: ho inoesa ka
nkgo; ho ya iponela ka bowena. (mm. boikgodiso, kgodiso, kgodisoa, kgodisitse,
kgodisitsoe, moikgodisi).
Ikgodisa (i-kho-di-sa) /rewarding oneself/ Leiketsi la ho kgodisa: ho itefa ka mora
mosebetsi; ho ipatala ka ho etsa ketso e itseng. (mm. boikgodiso, kgodisano, kgodiso,
kgotse, mokgolo, mokgodi).
Ikgohomosa (i-kgu-hu-mu-sa) /egocentric/ Leiketsi la ho kgohomosa: ho bontsha
boinahanelo le maikutlo a bowena feela. (mm. boikgohomoso, kgohomoso,
kgohomosoa, kgohomositse, kgohomositsoe, moikgohomosi).
Ikgoka (i-kgo-ka) /self forcing/ Leiketsi la ho kgoka: ho etsa diketso tse sa
tlamehoang ho etsoa ka ho iqobella. (mm. kgokeho, kgokeha, kgokile, kgokiloe,
kgokoa, sekgoki, kgokehile).
Ikgoleha (i-khu-le-ha) /self bondage/ Leiketsi la ho holeha: ho ipeha boemong ba
bokgoba ka bowena. (mm. boikholeho, kholeho, holehoa, holehile, holehiloe,
moikgolehi) (bap. Ikholeha).
Ikgona (i-kgo-na) /self dependant/ Leiketsi la ho kgona: ho ba boemong ba ho tseba
ho iketsetsa eng kapa eng. (mm. boikgono, bokgoni, kgonahalo, kgonoa, kgonne,
kgonnoe, kgonahala, kgonahetse, moikgoni).
Ikgonyetsa (i-khon-ye-tsa) /shrinking oneself/ Leiketsi la ho honyetsa: ho iketsa
bonyane ka sebopeho sa mmele kapa chebahalo. (mm. boikhonyetso, khonyetso,
honyetsoa, honyetse, honyeditse, honyeditsoe, moikhonyetsi) (bap. Ikhonyetsa).
Ikgopola (i-khu-pu-la) (ikhopola) /self centred/ Leiketsi la ho hopola: ho nahana ka
bowena feela ntle le batho babang. (mm. boikhopolo, khopolo, hopoloa, hopotsa,
hopotsoa, hopotse, hopotsoe, mohopolo, mohopodi).
149
150
Ikgopolela (i-khu-pule-la) /selfish/ Leiketsi la ho hopolela: ho inahanela wena feela
ntle le babang. (mm. boikhopolelo, khopolelo, khopolo, hopoloa, hopotsa, hopotsoa,
hopotse, hopotsoe, mohopolo, mohopodi, moikhopodi) (bap. Inahanela, ikhopolela).
Ikgopotsa (i-khu-pu-tsa) /remind oneself/ Leiketsi la ho hopotsa: ho tlisa
monahanong hape; ho hopotsa bowena se neng se lebetsoe. (mm. boikgopotso,
kgopolo, kgopotso, hopotsoa, hopotse, hopotsoe, mohopolo, mohopodi, moikgopodi).
Ikgothatsa (i-kho-tha-tsa) /self consoling/ Leiketsi la ho kgothatsa: ho bua mantsoe a
matle kgahlanong le bowena; ho bua botle mabapi le bowena. (mm. boikgothatso,
kgothatso, kgothatsano, kgothatsana, kgothatsoa, kgothetse, kgothalla, kgothallo,
kgothaletsa, kgothaletso, kgothaletsoa, kgothaleditse, kgothaleditsoe, moikgothatsi).
Ikgotsa (i-kgu-tsa) /refrain/ Leiketsi la ho kgotsa: ho itaela le ho itjoetsa ho tlohela
mokgoa o itseng; ho itshoara kapa ho ikeletsa. (mm. boikgotso, kgotsoa, kgotsitse,
kgotsitsoe, moikgotsi).
Ikgotsofatsa (i-kgaw-tsaw-fa-tsa) /self gratifying/ Leiketsi la ho kgotsofatsa: ho etsa
se kgotsofatsang bowena feela. (mm. boikgotsofatso, kgotsofatso, kgotsofatsano,
kgotsofaditse, kgotsofaditsoe, kgotsofatsoa, kgotsofetse, moikgotsofatsi).
Ikgukgumetsa (i-kgu-ru-me-tsa) /self covering/ Leiketsi la ho kgukgumetsa: ho
ikoahela ka ntho e itseng. (mm. boikgukgumetso, kgukgumetso, kgukgumetsoa,
kgukgumetsano, kgukgumetsana, sekgukgu, moikgukgumetsi).
Ikgula (i-khu-la) (ikhula) /withdraw/ Leiketsi la ho hula: ho lesa ho etsa se neng se
tshepisitsoe pejana; ho kgaotsa ho tsoela pele ka morero. (mm. boikhulo, khulo,
khulano, hulana, huloa, hutse, hutsoe, hudisa, hidisoa, sehulahulane, moikhudi).
Ikgumamela (i-khu-ma-me-la) /self adoring, worshiping/ Leiketsi la ho
kgumamela: ho ithata hofeta tekanyo; ho rata bowena haholo. (mm. boikgumamelo,
kgumamelo, kgumamelano, kgumameloa, kgumametse, kgumametsoe, kgumame,
kgumamisa, kgumamisoa, moikgumamedi).
Ikgutlisa (i-kgu-tli-sa) // Leiketsi la ho kgutlisa: ho kgutla moo ho neng ho uwa teng
ka bowena ntle le thuso ya babang. (mm. boikgutliso, kgutliso, kgutlisetso, kgutlisoa,
kgutlisitse, kgutlisitsoe, kgutlile, mokgutli).
Ikhalefisa (i-kha-le-fi-sa) // Leiketsi la ho halefisa: ho bontsha khalefo e sio; ho
halefa bohata kapa leshano. (mm. boikgalefiso, kgalefo, kgalefelo, halefela,
halefeloa, halefelana, halefetse, halefetsoe, mohalefi).
Ikhara (i-kha-ra) /roll oneself/ Leiketsi la ho hara: ho etsa hore mmele o thateloe ke
ntho e itseng ka bowena. (mm. boikharo, kharo, kharelano, haroa, harelana, harelane,
haretse, haretsoe).
Ikharela (i-kha-re-la) /roll oneself/ Leiketsi la ho harela: ho etsa hore mmele o
thateloe ke ntho e itseng ka bowena. (mm. boikharelo, boikharo, kharo, kharelano,
haroa, harelana, harelane, haretse, haretsoe).
Ikhasa (i-kha-sa) /self disperse/ Leiketsi la ho hasa: ho iphepola kapa ho ya
dibakeng tse fapaneng ntle le thuso ya eng kapa eng. (mm. boikhaso, khaso, khasano,
hasoa, hasana, hasitse, hasitsoe, hasetsa, hasetsoa, mohasi).
Ikhasanya (i-kha-san-ya) /self spread/ Leiketsi la ho hasanya: ho hasana ntle le ho
bakoa ho hasoa. (mm. boikhasanyo, khasanyo, hasanyoa, hasitse, hasitsoe).
Ikhata (i-kha-ta) /self stepping/ Leiketsi la ho hata: ho itematsa ka phoso ka ho beha
leoto hodima karolo enngwe ya mmele. (mm. boikhato, khato, khatano, khathisiso,
hatoa, hatana, hatile, hatiloe, hatisa, hatisisisa, mohato).
Ikhatsetsa (i-kha-tse-tsa) // Leiketsi la ho hatsetsa: ho baka ho hatsela ka ho dula
moo ho batang haholo kapa ka ho se apare diaparo tse futhumetseng. (mm.
boikhatsetso, khatsetso, khatsetsano, hatsetsoa, hatsetse, hatsetsana, mohatsela).
150
151
Ikhauhela (i-kha-u-he-la) /self pity/ Leiketsi la ho hauhela: ho ikutloela bohloko; ho
iqenehela. (mm. boikhauhelo, khauhelo, khauhelano, hauheloa, hauhetse, hauhetsoe,
haula, hauha, mohau).
Ikhaula (i-kha-u-la) // Leiketsi la ho haula: ho ba boemong ba ho haulana ka ho
iketsa. (mm. boikhaulo, khaulo, khaulano, haulana, hautse).
Ikhodisa (ik-hu-di-sa) /expand oneself/ Leiketsi la ho hodisa: ho ikeketsa kapa ho
atisa sebopeho sa mmele ka bowena. (mm. boikhodiso, khodiso, khodisano, hodisoa,
hodisitse, hodisitsoe, hotse, hodile, moikhodisi).
Ikhopotsa (i-khu-pu-tsa) /remind oneself/ Leiketsi la ho hopotsa: ho tlisa
monahanong hape. (mm. boikgopotso, kgopolo, kgopotso, hopotsoa, hopotse,
hopotsoe, mohopolo, mohopodi, moikgopodi).
Ikiba (i-ki-ba) /blocking/ Leiketsi la ho kiba: ho fedisa phallo ya metsi ka ho iketsa;
ho kgaotsa phallo ya lero ho ntho e itseng ntle le ho etsoa joalo. (mm. boikibo, kibo,
kibano, kibana, kibile, kibiloe, kibolotse, kibolotsoe, sekibakibane).
Ikibolla (i-ki-bul-la) /self unblocking/ Leiketsi la ho kibolla: ho tlosa se kibileng
lesoba ntle le thuso ya eng kapa eng. (mm. boikibollo, kibollo, kibollano, kibolloa,
kibollotse, kibollotsoe, sekibakibane).
Ikimela (i-ki-me-la) /overweight/ Leiketsi la ho imela: ho ba le mmele o boima
haholo hofeta monga ona. (mm. boikimelo, kimelo, boima, boimana, kimelano,
imelana, imeloa, imetse, imetsoe, moimana).
Ikisa (i-ki-sa) /to go personally/ Leiketsi la ho isa: ho ya ntle le ho mengoa kapa ho
bitsoa. (mm. boikiso, kisano, isana, isoa, isitse, isitsoe, isetsana).
Ikitlaetsa (ik-itla-e-tsa) /an attempt/ Leiketsi la ho kitlaetsa: ho bontsha tjantjello ya
ho etsa ketso e itseng ntle le ho laeloa. (mm. boikitlaetso, kitlaetso, kitlaetsoa,
kitlaeditse, kitlaeditsoe, moikitlaetsi).
Ikoahlaha (ik-wa-hla-ha) /regret/ Leiketsi la ho koahlaha: ho bontsha ho inyatsa
kapa ho ipona phoso ka se entsoeng pejana; ho ipona bobe ka sebe se etsahetseng
pejana. (mm. boikoahlaho, koahlaho, moikoahlahi).
Ikoetlisa (ikwe-tli-sa) /train, exercise/ Ho matlafatsa mmele mmoho le mesifa wa
ona ka ho ikotlolla, matha, sarolla mesifa le ho phahamisa ntho tse boima.
Ikoba (I-ko-ba) /self bending/ Leiketsi la ho koba: ho kobeha ntle le ho kojoa. (mm.
boikobo, kobano, kobeho, kobile, kobiloe, kobehile, kobana).
Ikobolla (I-ko-bul-la) /self unbending/ Leiketsi la ho kobolla: ho koboloha ntle le ho
kobolloa. (mm. boikobollo, kobollo, kobolloa, kobollotse, kobollotsoe, koboloha).
Ikoka (I-kaw-ka) /heal oneself, nurse oneself/ Leiketsi la ho oka: ho iphodisa ntle le
ho fodisoa. (mm. boikoki, booki, kokano, koko, okoa, okile, okiloe, mooki, bookelo).
Ikokobetsa (i-ko-ko-be-tsa) /meek, kind, humble oneself/ Leiketsi la ho kokobetsa:
ho bontsha maikutlo a tlhompho a fatshe; ho ba fatshe ka diketso. (mm.
boikokobetso, kokobeditse, kokobeditsoe, kokobetso, kokobetsoa, kokobetsana,
kokobetse, moikokobetsi).
Ikomanya (i-ko-man-ya) /self scolding/ Leiketsi la ho omanya: ho ikgalema ka
thata. (mm. boikomanyo, komano, komang, omanyoa, omangoa, omantse,
omantsoe).
Ikomisa (i-ko-mi-sa) /self drying/ Leiketsi la ho omisa: ho oma ntle le thuso ya eng
kapa eng. (mm. boikomiso, komello, komiso, komo, komoso, omisoa, omme,
omisitse, omisitsoe).
Ikomosa (i-ko-mu-sa) /self warming/ Leiketsi la ho omosa: ho ora mollo ka sepheo
sa ho iphuthumatsa. (mm. boikomoso, komoso, omosoa, omositse, omositsoe).
151
152
Ikonka (i-kon-ka) /proud/ Leiketsi la ho konka: ho tsamaya joalo ka mohlodi; ho
tsamaya ka ho etsa dikguba; ho tsamaya ka ho etsa boqhetseke. (mm. boikonko,
konko, konkisa, konkiso, konkela, konketse, konketsoe, konkile, moikonki).
Ikopanya (i-kaw-pan-ya) /self uniting, meeting/ Leiketsi la ho kopanya: ho ya bona
motho kapa ntho e itseng ka bowena ntle le ho romeletsa. (mm. boikopanyo,
kopanyo, kopano, kopanyoa, kopane, mokopanyi).
Ikopisa (i-ko-pi-sa) /self troubling/ Leiketsi la ho opisa: ho ipakela mathata ka ntho
e hlokang molemo kapa e senang thuso. (mm. boikopiso, kopiso, opisoa, opisitse,
opisitsoe, opela, opeloa).
Ikorotlisa (i-ko-ro-tli-sa) /complaning/ Leiketsi la ho korotlisa: ho etsa eka ho
korotla ho teng empa ho se joalo. (mm. boikorotliso, korotlo, korotlisoa, korotlile,
korotlela, korotleloa, korotlelana, korotlelano, mokorotlo, mokorotli).
Ikota (i-kaw-ta) /self fucking, masturbate/ Leiketsi la ho kota: ho bapala ka ho
pikitla ditho tsa botshehadi kapa tsa botona. (mm. boikoto, kotano, kotana, kotoa,
kotiloe, kotaka, kotako, moikoti).
Ikotla (i-kaw-tla) /self thwacking/ Leiketsi la ho otla: ho natha bowena ka phoso
kapa ka morero; ho ichapa ka tsela e itseng. (mm. boikotlo, kotlo, kotlano, otlana,
otloa, otlile, otliloe, otlaka, mootli).
Ikotsedisa (i-ko-tse-di-sa) /pretend to be sleepy/ Leiketsi la ho otsedisa: ho etsa eka
boroko bo teng empa ho se joalo. (mm. boikotsediso, kotsediso, kotsedisano,
otsedisana, otsedisoa, otsetse, otseotse).
Ikudisa (i-ku-di-sa) /sickness pretence/ Leiketsi la ho kudisa: ho baka bokudi bo
sio: ho iketsa eka o wa kula empa hose joalo. (mm. boikudiso, kudiso, bokudi,
kudisoa, kutse, kulela, mokudi, sekulane).
Ikukela (iku-ke-la) /egocentric/ Ho iphahamisa kapa ho ipeha maemong a hodimo
ka lebaka la maemo a hodimo; ho iphahamisa ka lebaka la ho ikutloa. Tlh. Mantsoe,
“ikukela” mmoho le “inkela” a na le meelelo e fapaneng haholo.
Ikuta (i-ku-ta) /hair cutting/ Leiketsi la ho kuta: ho tlosa moriri hloohong kapa
mmeleng ka bowena ntle le thuso ya motho emong. (mm. boikuto, kuto, mokuto,
kutano, kutana, kutisisa, kutisiso, kutoa, kutile, kutiloe, mokuti).
Ikutloa (i-ku-tlwa) /feel/ Leiketsi la ho utloa: ho ba le maikutlo, boikutlo kapa
monahano o ka hlalosoang ke wena feela. (mm. boikutlo, kutlo, kutloahalo,
kutloahatso, kutloano, kutloello, kutloiso, maikutlo, utloahala, utloahetse, utloahatsa,
utloana, utloela, utloella, utloisa, utloisoa, utloisisa, utloisisana, moikutloi).
Ikutsoa (i-ku-tswa) // Leiketsi la ho utsoa: ho etsa ketso e itseng sephiring kapa
poteleng. (mm. boikutso, kutso, kutsetso, kutsetsano, utsoetsa, utsoetsoa, utsoeditse,
utsoitse, leutsoe, mautsoe).
Ila (i-la) /moan/ Ho ba bohlokong ba ho lahleheloa ke motho ka ho etsa diketso tse
bontshang bohloko; ho apara botsho kapa ho thola bakeng sa ho bontsha tahlehelo ka
lefu la motho ya ratoang.
Ile (i-le) /was/ Bokgale ba wa, a kapa ya. Mohl. Ke ile ka shatjoa. Ke ile ka
kgutlisoa. E ile ya boela ya wela fatshe. (bap. ne, bile).
Ile (i-le) /gone/ Bokgale ba ho ya kapa eya. Mohl. O ile morena Seeiso, a keke a
hlola a kgutla. Ke mang emong hape a ileng Gauteng? Che bohle re ile ra iponela. O
ne o ile kae maobane?
Ima (i-ma) /to be pregnant/ Ho ba le lesea ka popelong; ho ba le ngoana ka
popelong; ho ba le bokgoni ba ho emara.
Imakatsa (i-ma-ka-tsa) /pretent/ Ho etsa eka ho makala ho teng empa ho seo; ho
makala ho sio. Leiketsi la ho makatsa. (mm. boimakatso, makatso, makatsoa,
152
153
makalo, makalla, makallana, makalloa, maketse, makaditse, makaditsoe, semaka,
semakaleng, momakalloa, momakadi).
Imamela (i-ma-me-la) /to relax, to take it easy/ Ho dula fatshe le ho nahana kapa ho
thuisa se sa tsoa boleloa ka sepheo sa ho nka qeto.
Imamela (i-ma-me-la) Leiketsi la ho mamela: ho ba boemong ba ho se be sesosa sa
morusu, pherekano kapa moferefere. (mm. boimamelo, mamelano, mamelana,
mametse, mameloa, mametsoe, mamedisa, mamedisoa, mamediso, momamedi).
Imamola (i-ma-mu-la) /self thwacking/ Leiketsi la ho mamola: ho mamoloa ke
wena ntle le ho mamoloa ke emong. (mm. boimamolo, mamolo, mamolako,
mamolaka, mamoloa, mamotse, mamotsoe).
Imatahantse (im-ata-han-tse) /associated, affiliated/ Bokgale ba ho imatahanya: ho
ba boemong ba ho ipapisa le motho, mokga kapa mokgatlo omong ntle le ho
qobelloa.
Imatahanya (im-ata-han-ya) /to associate oneself with/ Ho etsa kamano le motho,
mokga, sehlopha kapa ntho e itseng; ho ipapisa le boemo bo itseng; ho kgema
mmoho le; ho ba motsoalle kapa mmate wa. (bap. ikamahanya).
Imathela (i-mat-he-la) /running, jogging/ Leiketsi la ho mathela: ho matha hantle ka
sepheo sa ho ikoetlisa. Ho matha ntle le ho mathisoa. (mm. boimathelo, mathelo,
matheloa, mathetse, mathetsoe, mathile, moimathedi).
Imathisa (i-mat-hi-sa) /run after/ Leiketsi la ho mathisa: ho matha ntle le lebaka le
utloahalang; ho matha mahala. (mm. boimathiso, mathiso, mathisoa, mathisano,
mathisana, mathisitse, mathisitsoe, semathi).
Imela (i-me-la) /heavy/ E moroalo o boima; e sitang eo a e kukang; e kgolo bakeng
sa ho kukoa kapa ho phahamisoa. E nang le boima bo boholo.
Imeloa (i-me-lwa) // Boetsuwa ba ho imela: ho se kgone ho etsa ka lebaka la boima.
Imetsa (i-me-tsa) /to burden/ Ketsiso ya ho imela: ho etsa hore ntho e imele.
Imetse (i-me-tse) // Bokgale ba ho imela. E fanang kapa e nang le kutlo ya boima.
Imetsoe (i-mets-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho imela.
Imme (im-me) /pregnant/ E boemong ba ho bontsha kemaro; e tshehadi e nang le
bophelo ka popelong; e ka tsoalang ka mora dikgoedi tse itseng ka lebaka la kemaro.
Imolla (im-mul-la) /alleviate, disburden, mitigate, mollify/ Ho fokoletsa bothata
kapa boima; ho fedisa ya boima kapa bohloko; ho nyenyefatsa kapa ho bebofaletsa
moroalo kapa mathata; ho fokotsa kotlo kapa kahlolo e thata e fanoeng. Ketsello ya
ho imetsa.
Imollela (im-ul-le-la) /to mitigate/ Ketsollo ya ho imetsa: ho fedisa boima ba kotlo
kapa kahlolo; ho bebofaletsa kahlolo e fanoeng.
Imollotse (im-mul-lu-tse) /alleviated, mitigated/ Bokgale ba ho imolla.
Imollotsoe (im-mul-lu-tswe) // bokgale le boetsuwa ba ho imolla.
Ina (in-a) /wet, plunge/ Ho kenya ka metsing; ho etsa hore ntho e itseng ebe
mongobo kapa e be metsi; ho ngobisa.
Inahana (i-na-ha-na) /reconsidering, thinking about/ Ho etsa mohopolo mabapi le
qeto kapa puo e sa tsoa buuwa.
Inahana (i-na-ha-na) // Leiketsi la ho nahana: ho nahana ntle le ho bakoa ho nahana;
ho nahana ka bowena. (mm. boinahano, monahano, nahanoa, nahanne, nahannoe,
nahanana, nahantsha, nahantsho, monahani).
Inahanela (i-na-ha-ne-la) /inconsiderate, selfish/ Ho ba le maikutlo a mabapi le
bowena a fetelletseng; monahano o itshetlehileng ho bowena feela.
153
154
Inahanela (i-na-ha-ne-la) Leiketsi la ho nahanela: ho nka matsapa a ho nahana ntle le
ho nahaneloa. (mm. boinahanelo, monahano, nahanelano, nahanelana, nahanetse,
nahanetsoe, moinahanedi).
Inama (i-na-ma) /bow down/ Ho isa hlooho fatshe kapa tlase ka baka la tumelo e
itseng; ho isa hlooho fatshe kapa tlase ka baka la ho rorisa Modimo. Mohl. Badumedi
ba Mamoseleme ba rata ho inama ha ba rapela. Mael. Selepe sa bohoeng se ratha se
iname: mokgoenyana o thusa ka tsohle tseo anang le tsona moo a nyetseng teng ho sa
tsotellehe boima ba seo a tlamehang ho se etsa.
Iname (ina-me) /bowed/ E boemong ba ho inama: e shebisitseng hlooho fatshe ka
lebaka la ho rapela kapa tumelo e itseng.
Inamela (i-na-me-la) /bow for, revere, worship/ Ketsetso ya ho inama: ho isa
hlooho fatshe kapa tlase ka baka la tumelo e itseng; ho isa hlooho fatshe kapa tlase
bakeng sa ho rorisa Modimo. (bap. Kinamelo).
Inamolela (i-na-mu-le-la) /to apply self defence/ Leiketsi la ho namolela: ho loana
ka ho itshereletsa kgahlanong le sera kapa motho ya hlaselang ka bowena ntle le
thuso ya mang kapa mang. (mm. boinamolelo, namolelo, namotse, namotsoe,
namoletse, namoletsoe, namolaka, namolako, monamodi).
Inamoloha (i-na-mu-la-ha) /un-bow/ Ho isa hlooho hodimo ka mora ho inama; ho
phahamisa hlooho ka mora thapelo kapa ho rorisa Modimo. Ketsollo ya ho inama.
Ineha (i-ne-ha) /escape/ Ho baleha; ho ja fatshe. Ho tshola tlhako morong: ho
nyamela ka ho baleha. Mael. Ho ineha naha: ho baleha. Ho ja fatshe; ho itahla.
Ineha (i-ne-ha) Leiketsi la ho neha. (mm. boineho, nehoa, neile, neiloe).
Inehela (i-ne-he-la) /give up, succumb/ Ho lahla tshepo ka se tlamehang ho
phethahala kapa ho etsahala; ho ipha sera; ho fa sera tlholo; ho fa bobe kapa tlholeho
monyetla. (mm. boinehelo, moinehedi, nehelo, nehelano).
Inehella (ine-hel-la) /addicted/ Ho ba lekgoba la sethethefatsi kapa mokgoa o mobe,
o sa kgonahaleng ho tloheloa ha bonolo. Leiketsi la ho nehella. (mm. boinehello,
nehello, nehellano, nehellana, nehelloa, nehelletse, nehelletsoe, moinehelli).
Ineka (i-ne-ka) /self licking/ Leiketsi la ho neka: ho sebedisa leleme ho tlosa se ho
wena. (mm. boineko, neko, nekano, nekana, nekoa, nekile, nekiloe, nekeha, nekeho).
Inela (i-ne-la) /to wet/ Ho kenya ka metsing; ho etsa hore ntho e be mongobo; ho
ngobisa; ho etsa hore ntho ebe lesoe ka ho e thapisa hara metsi. Mael. Ho inela
matsoho metsing: ho leballa diphoso kapa mefokolo. Ho tshoarela.
Inepa (i-ne-pa) /self understanding/ Leiketsi la ho nepa: ho kgona ho itlhalosa ntle
le ho hlalosoa; ho itseba ntle le ho tsejoa; ho ipolela hofeta mang kapa mang; ho
itseba ka sebele. (mm. boinepo, nepo, nepano, netjoa, nepile, nepahatsa, nepahatso,
nepahaditse, nepahaditsoe, senepe).
Ineta (in-ita) /self messing, to mess up oneself/ Leiketsi la ho neta: ho itshela ka
seretse kapa pente; ho itshela ka ntho e netang. (mm. boineto, neto, netana, netano,
netoa, netile, netiloe).
Inetse (in-e-tse) // Bokgale ba ho inela.
Inetsoe (in-ets-we) // Boetsuwa ba ho inela.
Ingamangama (ing-ama-ng-ama) /complaining, nagging/ Leiketsi la ho
ngamangama. Ho tletleba molebe; ho ipelaetsa lolololo. (mm. boingamangamo,
ngamangamo, ngamangamisa, ngamangamisoa, ngamangamile, mongamangami).
Ingatafatsa (ing-ata-fa-tsa) /self multiplying/ Leiketsi la ho ngatafatsa: ho iketsa
bongata; ho ikatisa ka bongata. (mm. boingatafatso, ngatafatso, ngatafatsano,
ngatafatsana, ngatafatsoa, ngatafaditse, ngatafaditsoe, sengatafatsi, lengatafatsi,
mongatafatsi).
154
155
Ingoapa (ing-wa-pa) /self scratching/ Leiketsi la ho ngoapa: ho ikgoabitla ka
bowena ntle le ho etsoa joalo. (mm. boingoapo, ngoapo, mongoapo, ngoapeho,
ngoapano, ngoapana, ngoapile, ngoapiloe).
Ingoathela (ing-wat-he-la) /self serving/ Leiketsi la ho ngoathela: ho ipha dijo ntle le
ho emela ho thusoa. (mm. boingoathelo, ngoathelo, ngoathelano, ngoathelana,
ngoatheloa, ngoathile, ngoathetse, ngoathetsoe, sengoathana, mongoathi).
Ingongorehisa (ing-ong-o-re-hi-sa) /self worrying/ Leiketsi la ho ngongorehisa: ho
ipakela ngongoreho; ho ipeha boemong ba ngongoreho ka bowena. (mm.
boingongorohiso, ngongoreho, ngongorehisoa, ngongorehile, mongongorehi).
Inkela (in-ke-la) /to claim/ Ho fumana se itseng ka lebaka la tokelo; ho nka ntho,
thepa kapa moputso ka lebaka la ditshoanelo. (bap. ikukela).
Inkela (in-ke-la) // Ho nka ntle le ho laeloa ho etsa joalo. Leiketsi la ho nka.
Inoesa (in-we-sa) /prove/ Ho batla bonnete ba taba ntle le ho joetsoa; ho ipatlela
nnete ntle le ho bolelloa ka yona. Leiketsi la ho noesa. Mael. Ho inoesa ka nkgo: ho
ipatlela bonnete ba taba e boleloang kapa e etsahetseng ntle le ho joetsoa.
Inoesa (in-we-sa) /drink by oneself/ Leiketsi la ho noesa: ho noa seno ntle le ho
noesoa. (mm. boinoeso, noeso, noesano, noesana, noesitse, noele, noeloe, senoi).
Inola (i-nu-la) /de-wet, put out of water/ Ho ntsha ka metsing; ho beha kantle ho
metsi. (bap. omisa) Tlh. Mantsoe “inola” le inolla” a bolela ntho e le nngwe.
Inolla (i-nul-la) /de-wet, put out of water/ Ho ntsha ka metsing; ho beha kantle ho
metsi. (bap. omisa) Tlh. Mantsoe “inola” le inolla” a bolela ntho e le nngwe.
Inong (i-no-ng) /friendliness/ Lerato la ho etsetsana dintho tse ntle. Mael. Ho
ntshana se inong: ho thusana ka tsela efe kapa efe; ho arolelana ditaba tsa bohlokoa.
Inontsha (in-onts-ha) /self fatning, self raising/ Leiketsi la ho nontsha: ho iphepa ka
tselang e bakang botenya le nonopelo. (mm. boinontsho, notsho, nontshoano,
monono, monontsha, nonne, nontshoa).
Inyadisa (in-ya-di-sa) // Ho nyala ntle le ho thusoa; ho itefella ditshenyehelo tsa
lenyalo. Leiketsi la ho nyadisa. (mm. boinyadiso, nyadiso, nyadisoa, nyalana, nyetse,
nyetsoe, nyalano, lenyalo, monyadi, monyaduwa).
Inyahamisa (in-ya-ha-mi-sa) /self dicouraging/ Ho ipeha boemong bo fokodisang
matla a kelello. Leiketsi la ho nyahamisa. (mm.boinyahamiso, nyahamiso, nyahame,
nyahamisoa, monyahami).
Inyakallisa (in-ya-kal-li-sa) /self entertaining/ Leiketsi la ho nyakallisa: ho ithabisa
ntle le ho thabisoa; ho ba monyakeng o bakoang ke wena. (mm. boinyakalliso,
nyakalliso, nyakallisoa, nyakalletse, monyaka).
Inyametsa (In-ya-me-tsa) /disappearing/ Leiketsi la ho nyametsa: ho ba boemong
ba ho nyamela; ho ba sebopehong sa ho se bonoe. (mm. boinyametso, nyametso,
nyametsano, nyametsoa, nyametse, monyamedi).
Inyantsha (in-yan-ts-ha) /self feeding/ Leiketsi la ho nyantsha: ho ba boemong ba
ngoana ya kgonang ho sebedisa letsoele ka boyena. (mm. boinyantsho, nyantsho,
nyantshoa, nyantse, monyanyi).
Inyatsa (in-ya-tsa) /repent, deplore, remorse/ Leiketsi la ho nyatsa: ho ipona phoso;
ho ipona mafolomabe. (mm. boinyatso, nyatso, nyatsoa, lenyatso, nyatseha,
nyatseho, nyatsitse, nyatsitsoe, monyatsi, moinyatsi).
Inyefola (in-ye-fu-la) /self insulting/ Leiketsi la ho nyefola: ho ithohaka kapa ho
lebisa tlhapa ho wena. (mm. boinyefolo, nyefolo, nyefoleho, nyefolano, nyefolana,
nyefoloa, nyefotse, nyefotsoe, nyefolaka, nyefolako, monyefodi).
155
156
Inyeka (in-ye-ka) /self licking/ Leiketsi la ho nyeka: ho sebedisa leleme ho phumula
ntho e ho wena. (mm. boinyeko, nyeko, nyekano, nyekana, nyekoa, nyekile,
nyekiloe, monyeki) (bap. ineka).
Inyela (in-ye-la) /self messing up/ Leiketsi la ho nyela: ho ntsha mantle a
tshilafatsang bowena ntle le boikemisetso; ho nyela diaparo tsa hao. (mm. boinyelo,
nyelano, nyelo, manyela, nyele, nyesa, nyesitse, nyesitsoe, nyesoa, monyedi).
Inyolla (in-yul-la) /self exalting/ Leiketsi la ho nyolla: ho ipeha boemong bo
hodimo; ho iphahamisa ntle le ho phahamisoa. (mm. boinyollo, nyollano, nyollana,
nyollo, nyolloa, nyollelo, nyolleloa, nyollela, monyolla, monyollo, monyolloa,
semonyollane, moinyolli) (bap. iphahamisa).
Inyonya (in-yon-ya) // Leiketsi la ho nyonya: ho itlhoya ka lebaka la bobe bo ho
wena. (mm. boinyonyo, nyonyeho, nyontsha, nyontsho, nyonyoa, nyontshitse,
nyontshitsoe, monyonyi).
Ipaballa (i-pa-bal-la) /self preserving, protecting/ Leiketsi la ho baballa: ho phema
kotsi e ka o hlahelang ka bowena, ntle le ho thusoa. (mm. boipaballo, paballo,
paballano, baballoa, baballetse, baballetsoe, moipaballi).
Ipabola (ipa-bu-la) /to lead the proceeding/ Ho itlhoma pele ka se etsoang. Ho nka
ketapele. Ho ba pejana kapa wa pele ho etsa se lebisang tlholong.
Ipapadisa (i-pa-pa-di-sa) /entertain oneself/ Leiketsi la ho bapadisa: ho etsa eka o
wa bapala empa ho se joalo; ho etsa boipapadiso bo sio. (mm. boipapadiso, papadiso,
papadi, bapadisoa, bapetse, bapadisa, sebapadi).
Ipapala (i-pa-pa-la) /abundant, plenty/ E tletseng hohle; e ngata haholo hofeta ka
moo e batlahalang; e tholahalang hohle. Mohl. Selemong sena chai e ya ipapala.
Ipapalla (i-pa-pal-la) /joking/ Leiketsi la ho bapalla: ho etsa ketso e hlokang botio;
ho soasoa kapa ho etsa motlae. (mm. boipapallo, papadi, papadisano, bapadisana,
bapadisitse, bapadisitsoe, bapalloa, bapetse, sebapadi).
Ipaqamela (i-pa-qa-me-la) // Leiketsi la ho paqamela: ho paqama ntle le ho thusoa;
ho paqama ntle le lebaka le utloahalang. (mm. boipaqamelo, paqamo, paqamiso,
paqamisoa, paqamisa, paqame).
Ipaqamisa (i-pa-qa-mi-sa) // Leiketsi la ho paqamisa: ho paqama ka bowena ntle le
thuso ya mang kapa mang. (mm. boipaqamiso, paqamo, paqamisano, paqamisana,
paqamisoa, paqame, paqamisitse, paqamisitsoe).
Ipata (i-pa-ta) /hiding/ Leiketsi la ho pata: ho nyamela pontsheng ya batho; ho ba sio
sebakeng nako e telele; ho se bonoe nakoana. (mm. boipato, patano, patana, patoa,
patile, patiloe, moipati, seipati).
Ipatala (i-pa-ta-la) /to reward oneself/ Leiketsi la ho patala: ho itefa ka lebaka la ho
se leshoe ke ramosebetsi: ho inkela dintho ka baka la ho se leshoe. (mm. boipatalo.
Patala, patalo, patetse, patetsoe, patalana, patalano, mopatadi) (bap. ikgodisa).
Ipebofaletsa (ipe-bu-fa-le-tsaw) /easening, simplifying/ Leiketsi la ho bebofaletsa:
ho etsa dintho di be bobebe bakeng sa bowena; ho nolofatsa maemo bakeng sa hao
kapa bowena. (mm. boipebofaletso, pebofaletso, pebofaletsano, pebofatso,
bebofaletsoa, bebofaleditse, bebofaleditsoe, moipebofaletsi).
Ipeha (i-pe-ha) /self electing, appointing/ Leiketsi la ho beha: ho ipeha maemong a
hodimo ntle le ho bewa. (mm. boipeho, peho, behile, behiloe, behoa, moipehi).
Ipenya (i-pen-ya) /squash oneself, compress oneself/ Leiketsi la ho penya: ho itsha
kotsi ka ho ikhatella ka ntho e itseng; ho itematsa. (mm. boipenyo, sepenya, pentse,
pentsoe, penyoa, moipenyi).
Ipeola (i-pe-u-la) /shaving oneself/ Leiketsi la ho beola: ho tlosa moriri ka bowena
ntle le ho thusoa. (mm. boipeolo, peolo, peolano, beolana, beotse, beotsoe, moipeodi)
156
157
Ipeperanya (i-pe-pe-ran-ya) /cracking oneself/ Leiketsi la ho peperanya: ho
qhetsoha ntle le ho qhetsoloa. (mm. boipeperanyo, peperanyo, lepere, peperantse,
peperantsoe, peperane, seipeperanyi).
Ipepesa (i-pe-pe-sa) /show off, publicising/ Leiketsi la ho pepesa: ho iponahatsa
pontsheng ya bohle; ho ipontsha bohle ba o shebileng. (mm. boipepeso, pepeso,
pepesoa, pepesile, pepesiloe, moipepesi).
Ipepeta (i-pi-pi-ta) /squeezing oneself/ Leiketsi la ho pepeta: ho penya kapa ho
hatella leqeba, seso kapa ntho e itseng ka bowena. (mm. boipepeto, pepeto, pepeteho,
pepetoa, pepetile, pepetiloe, moipepeti).
Ipepisa (i-pe-pi-sa) // Leiketsi la ho pepisa: ho beha ngoana kapa moroalo hodima
mokokotlo wa hao ka bowena. (mm. boipepiso, pepiso, pepisano, pepisana, pepisoa,
pepile, pepiloe, mopepi).
Ipetetsa (i-pe-te-tsa) /compressing oneself/ Leiketsi la ho petetsa: ho ikutloisa
bohloko ka ho otlanya setho seseng sa hao sa mmele kgahlanong le ntho e thata e
itseng. (mm. boipetetso, petetso, petetsano, petetsana, petetsoa, peteditse, peteditsoe,
moipetetsi).
Ipetsola (i-pe-tsu-la) /self cleaving, splitting/ Leiketsi la ho petsola: ho buleha ka
lehare ntle le ho etsoa joalo. (mm. boipetsolo, petsolo, petsolana, petsoloa, petsotse,
petsotsoe, lepatso, lepetso) (bap. ipeperanya).
Ipha (ip-ha) /give oneself/ Leiketsi la ho fa: ho fumana ntho ntle le ho fuwa kapa ho
newa. (mm. phano, file, filoe, fanne, fannoe, fana, mofani) Mael. Ho ipha naha: ho
baleha sebakeng; ho tloha ka ho nyamela. Mael. Ho ipha dimenyane: ho baleha ka ho
nyamela.
Iphahamisa (ipa-ha-mi-sa) /self exalting/ Leiketsi la ho phahamisa: ho ineha maemo
a hodimo le ho ithorisa ntle le ho etsoa joalo. (mm. boiphahamiso, phahamo,
bophahamo, phahamisano,
phahamisoa, phahame, phahamela, phahametse,
phahametsoe, moiphahamisi).
Iphapanya (ipa-pan-ya) /ignore/ Ho etsa eka ketso e itseng ha e bonoe kapa ha e
utloe; ho lesa ka boomo. (mm. boiphaphanyo).
Iphaphamisa (ipa-pa-mi-sa) /self awakening/ Leiketsi la ho phaphamisa: ho tsoha
borokong ka bowena ntle le ho thusoa. (mm. boiphaphamiso, phaphamiso,
phaphamo, phaphame, phaphamisoa, moiphaphamisi).
Iphatsa (ipa-tsa) /self inoculating, injecting/ Leiketsi la ho phatsa: ho kenya
moriana mmeleng ka lehare ka ho iketsa joalo. (mm. boiphatso, phatsano, phatsana,
phatso, phatsoa, phatsitse, phatsitsoe, moiphatsi).
Iphedisa (ipe-di-sa) /self destroying, to commit suicide/ Leiketsi la ho fedisa: ho
fedisa bophelo ba hao ka bowena; ho ipolaya. (mm. boiphediso, phediso, phedisano,
fedisana, fedisoa, fedile, fedisitse, fedisitsoe, moiphedisi).
Iphedisa (ipi-di-sa) /survive by oneself/ Leiketsi la ho phedisa: ho phela ntle le ho
phedisoa; ho ba boemong ba ho iketsetsa eng kapa eng ka bowena. (mm. boiphediso,
bophelo, phediso, phedisano, phetse, phedisoa, moiphedisi).
Iphehlela (ip-he-hle-la) /stir, mix for oneself/ Leiketsi la ho fehla: ho fuduwa kapa
ho tsitsinya lero kapa motsoako o nang le metsi ntle le ho etsetsoa. Mohl. Ho
iphehlela lesheleshele.
Iphekola (ipe-ku-la) /self healing, to heal self/ Leiketsi la ho phekola: ho ikoka le ho
iphodisa ka bowena ntle le ngaka kapa mooki. (mm. boiphekolo, phekolo,
phekolano, phekolana, pheko, phekoloa, phekotse, phekotsoe, moiphekodi).
157
158
Ipheta (ipe-ta) /self repeating/ Leiketsi la ho pheta: ho etsa ketso e itseng kgetlo
leleng; ho etsa lekgetlo la bobedi kapa hofeta moo. (mm. boipheto, pheto, phetoa,
phetile, phetiloe, mophiti).
Ipheta (//) /oversize/ Leiketsi la hofeta: ho ba boemong ba ho etsa diketso tse kgolo
hofeta bowena. (mm. boipheto, fetoa, fetile, fetana).
Iphetela (ipe-te-la) /just passing/ Leiketsi la ho fetela: hofeta ka tsela ntle le ho
shebana le ntho tsa batho; ho feta ntle le ho natsa ntho tse ka mahlakoreng. (mm.
boiphetelo, fetile, fetiloe, fetetse, fetela, fetisetsa, fetisetsoa, mofiti).
Iphetetsa (ipe-te-tsa) /revenge, vindictive, vengeful/ Ho etsa se kileng sa etsoa ke
moetsi ho moetsuwa; ho utloisa bohloko ya kileng a utloisa emong bohloko. Leiketsi
la ho phetetsa. Ho busetsa molamu sefateng. (mm. boiphetetso, phetetso, phetetsoa,
phetile, phetiloe, ipheteditse, moiphetetsi).
Iphetola (ipe-to-la) /masquerading, disguising/ Leiketsi la ho fetola: ho nka
sebopeho seseng sa chebeho ya mmele kapa sebopeho. (mm. boiphetolo, phetolo,
fetolana, phetolano, fetoloa, fetotse, fetotsoe, moiphetodi).
Iphetola (ipe-tu-la) /overthrow oneself/ Leiketsi la ho fetola: ho ipeha maemong a
ho diwa ditulong tsa boetapele ka bowena, ka ho etsa diketso tse bakang seo. (mm.
boiphetolo, phetolo, fetolana, phetolano, fetoloa, fetotse, fetotsoe, moiphetodi).
Iphina (ipi-na) // Leiketsi la ho fina: ho iketsa bonyane kapa sekokotoana; ho iketsa
ntho e nyane. (mm. boiphino, phino, phinahano, finahana, finne, finnoe, finana)
Iphitisa (ipi-ti-sa) /pretent to be passing/ Leiketsi la ho fetisa: ho etsa eka o wa feta
empa ho se joalo. (mm. boiphitiso, phetiso, fetisoa, fetisitse, fetisitsoe, mofiti).
Iphodisa (ipo-di-sa) /self healing/ Leiketsi la ho fodisa: ho itlosa mahloko le
mahlaba ka bowena ntle le thuso ya mang kapa mang. (mm. boiphodiso, phodiso,
phodisano, fodisoa, fodile, fodisetsa, fodisetsoa, moiphodisi, mofodisi, mafodisa).
Iphodisa (//) /cooling oneself/ Leiketsi la ho fodisa: ho tlosa mocheso mmeleng wa
hao ka ho etsa diketso tse itseng; ho etsa hore mmele o phole. (mm. boiphodiso,
phodiso, pholo, phodile, fodisoa, senomaphodi, maphodi).
Iphofisa (ipu-fi-sa) /to pretent to be dreaming/ Leiketsi la ho phofisa: ho baka ho
phofa ho sio. (mm. boiphofiso, phofiso, phofisoa, phofo, phofile, moiphofisi,
mophofi).
Ipholla (I-pul-la) /self massaging, brushing/ Leiketsi la ho pholla: ho tsamaisa
letsoho mmeleng wa hao ka bowena ntle le ho thusoa. (mm. boiphollo, phollo,
phollako, phollaka, phollano, phollana, phollotse, phollotsoe, moipholli).
Iphomolela (ipu-mu-le-la) /resting, die/ Leiketsi la ho phomola: ho ba boemong ba
ho phomola kapa ho phomotsa mmele le kelello ya hao ka bowena. Ho shoa. (mm.
boiphomolelo, boiphomotso, phomolo, phomotsa, phomotsoa, phomotse,
phomoditse, phomoditsoe, mophomodi, moiphomotsi, iphomoletse).
Iphomolela (ipu-mu-le-la) /to be on dead status/ Ho ba boemong ba mofu kapa
moshui (moshoi): ho hloka bophelo ka lebaka la ho hloka phefumoloho.
Iphopholetsa (ip-hup-hu-le-tsa) /self touching / Leiketsi la ho phopholetsa: ho
itshoara ka tsela ya ho tsamaisa letsoho mmeleng mona le mane. (mm. iphomoletse,
boiphopholetso, phopholetso, phopholetsano, phopholetsana, phopholetsoa,
phopholeditse, phopholeditsoe, mophopholetsi).
Iphoqa (ipo-qa) /self embarassing, disappointing/ Leiketsi la ho phoqa: ho etsa
diketso tse tlontlollang bowena ba hao. (mm. boiphoqo, phoqeho, phoqeha, phoqano,
phoqana, phoqile, phoqoa, moiphoqi).
158
159
Iphotla (ip-haw-tla) /face washing/ Leiketsi la ho photla: ho tsamaisa metsi
sefahlehong ka lesela ka ho iketsetsa. (mm. boiphotlo, photlano, photlana, photlile,
photloa, moiphotli) (bap. Photla, photlo).
Iphumana (ip-hu-ma-na) /self footing, realisation/ Leiketsi la ho fumana: ho ba
boemong ba ho thola se etsahalang ka bowena; ho ithola ka mora ho ipatla. (mm.
boiphumano, phumano, fumanoe, fumane, moiphumani)
Iphumula (ip-hu-mu-la) /drying/ Leiketsi la ho phumula: ho tsamaisa lesela le
ommeng sefahlehong ka sepheo sa ho tlosa metsi, lesoe kapa mongobo. (mm.
boiphumulo, phumulo, phumutse, phumutsoe, phumuloa, phumudisa, phumudisoa,
phumudiso).
Iphunya (ip-hun-ya) /piercing/ Leiketsi la ho phunya: ho etsa lesoba karolong
enngwe ya mmele ka bowena. (mm. boiphunyo, phunyo, phunyoa, phunyeho,
phunyeha, phuntse, phuntsoe, mophunyi).
Iphutha (ip-hut-ha) /gather/ Leiketsi la ho phutha: ho ya sebakeng sa phutheho kapa
kopano ka bolona. (mm. boiphutho, phutheho, phutheha, phuthehile, mophuthi).
Iphuthela (ip-hut-he-la) /wrapping self/ Leiketsi la ho phuthela: ho koahela ka ho
kenya hara ntho kapa ho potapotisa ntho e itseng mmeleng ka bowena. (mm.
boiphuthelo, boiphutho, phuthelo, phuthediso, phuthedisoa, phuthetse, phuthetsoe,
phutheloa, sephutheloana).
Ipikitla (ipi-ki-tla) /rubbing oneself/ Leiketsi la ho pikitla: ho sebedisa monoana
kapa manala ho ngoaya kapa ho tshasa moriana karolong enngwe ya mmele. (mm.
boipikitlo, pikitlo, pikitlano, pikitlana, pikitloa, pikitlile, pikitliloe, sepikitlane)
Ipipetsa (ipi-pe-tsa) /smothering self/ Leiketsi la ho bipetsa: ho ithiba phefumoloho
ka phoso kapa ka lebaka la bowatla. (mm. boipipetso, pipetso, pipetsano, bipetsana,
bipetsoa, bipeditse, bipeditsoe, moipipetsi, mobipetsi).
Ipitla (ipi-tla) /self injuring/ Leiketsi la ho pitla: ho ikotla ka lejoe le leholo ka phoso
kapa ntle le boikemisetso. (mm. boipitlo, pitlano, pitlana, pitla, pitloa, pitlile, pitliloe)
Ipjatlanya (ip-ja-tlan-ya) // Leiketsi la ho bjatlanya: ho ikoisa fatshe ka lebaka la ho
kgena. (mm. boipjatlanyo, pjatlanyo, bjatlanyoa, bjatlantse, bjatlantsoe, bjatla!).
Ipofa (ip-aw-fa) /engaging, commiting/ Leiketsi la ho bofa: ho ikana ho etsa ketso e
itseng ntle le ho kopjoa kapa ho laeloa joalo. (mm. boipofo, ipofile).
Ipofolla (ip-of-ul-la) /untie/ Leiketsi la ho bofolla: ho intsha ditlamong kapa ho
iphuthulla ho seo se o tshoasitseng ka bowena. (mm. boipofollo, pofollo, bofolloa,
bofollotse, bofollotsoe, bofile, bofa, boshoa ).
Ipokella (ip-ukel-la) /self gathering/ Leiketsi la ho bokella: ho ba boemong ba ho
kopana ka bolona ntle le ho laeloa joalo. (mm. boipokello, pokello, bokelloa,
bokelletse, bokelletsoe, bokellisa, bokellisoa, seboka).
Ipokellela (i-puk-el-le-la) /accumilating for self/ Leiketsi la ho bokellela: ho
iketsetsa pokello ya ntho tse ngata ka bowena ntle le thuso ya mang kapa mang; ho
iketsetsa lethonyana le lengata. (mm. boipokellelo, pokellelo, pokello, bokelleloa,
bokelletse, bokelletsoe).
Ipola (i-pu-la) /self hitting/ Leiketsi la ho pola: ho inatha ka lebaka la ho kgena
haholo ka lebaka la phoso e entsoeng. (mm. boipolo, polo, sepolo).
Ipolaya (i-pu-la-ya) /to commit suicide/ Leiketsi la ho bolaya: ho iphedisa kapa ho
fedisa bophelo ba hao. (mm. boipolao, polao, polayano, bolayana, polaiso, bolawa,
bolaile, bolaisa, bolailoe, bolaetse, bolaetsoe, mmolai, sebolai).
Ipolela (i-po-le-la) /confess/ Leiketsi la ho bolela: ho hlalosa seo o se entseng kapa
seo oleng sona. (mm. boipolelo, polelo, boleloa, boletse, boletsoe, bolella, bolelloa,
bolelletse, bolelletsoe, moipoledi).
159
160
Ipoma (i-pu-ma) /self cutting/ Leiketsi la ho poma: ho ikgaola setho seseng sa
mmele ka phoso kapa ka bothoto; ho ikarola ka ho arohanya ka dikoto tse fetang
bonngwe. (mm. boipomo, pomo, pomme, ponngoe, pomaka, pomako, pomana,
pomano, pomeha, pomeho).
Ipona (i-paw-na) /selfish/ Leiketsi la ho bona: ho etsa diketso tse bontshang ho ipona
bowena feela. (mm. boipono, bonoa, moipone).
Iponahatsa (i-po-na-ha-tsa) /transfigure/ Ho itlhahisa ka tsela e sa tloaelehang; ho
iponahatsa ka tsela e sa tloalehang kapa ho fetoha sebopeho se tsebahalang.
Ipone (i-po-ni) // Bokgale ba ho ipona. Mael. Tshoene ha e ipone lekopo: motho ha a
bone diketso tsa hae tse mpe, empa o bona tsa babang.
Iponele (i-paw-ne-le) /see, look for yourself/ Bona ka bowena ntle le emong.
Ipontsha (i-po-nts-ha) /demostrating, showing off/ Leiketsi la ho bontsha: ho
hlalosa ka bowena seo oleng sona. (mm. boipontsho, pontsho, pontsheng, pontshano,
bontshana, sebonoang, bontshoa, bontshitse, bontshitsoe, sebonelahole, sebona,
seboni, mmoni).
Ipontshahatsa (i-po-nts-ha-tsa) /proving a point/ Leiketsi la ho bontshahatsa: ho
hlalosa bowena ka ho toboketsa seo oleng sona. Ho iponahatsa bowena ba hao ba
semelo. (mm. boipontshahatso, pontshahatso, pontshano, bontshahatsoa, bontshana,
bontshitse).
Ipopa (ipu-pa) /self moulding/ Leiketsi la ho bopa: ho iphetola sebopeho ka ho
iketsa ntho e itseng. (mm. boipopo, popo, bopile, bopiloe, bopela, bopeloa, popelo).
Ipoqa (i-pu-qa) /self defiling, filthing/ Leiketsi la ho poqa: ho ikenya lepoqong kapa
mobung o ditshila. (mm. boipoqo, poqo, poqano, poqana, poqoa, poqile, poqiloe).
Ipotela (i-pu-te-la) /jesting/ Leiketsi la ho pota: ho ipuela feela ka bosoasoi ntle le ho
natsa hore ho etsahalang. (mm. boipotelo, potelo, mopoto, potile, potela, poteloa,
potetse, potetsoe, sepotane).
Ipotisa (i-pu-ti-sa) /pretending to err/ Leiketsi la ho potisa: ho etsa eka o wa pota
empa ho se joalo; ho etsa mopoto wa boiketsiso. (mm. boipotiso, potisano, potisana,
potisoa, potile, mopoto, sepotane).
Ipotolohisa (i-paw-tu-lu-hi-sa) /taking long way/ Leiketsi la ho potolohisa: ho nka
tsela e telele ha e kgutshoane e le teng. (mm. boipololohiso, potoloho, potapota,
potolohisoa, potolohile, potolohiloe).
Ipotsa (i-pu-tsa) /self questioning/ Leiketsi la ho botsa: ho ipakela dipotsoa ka se
etsahalang kapa se mametsoeng. (mm. boipotso, potso, potsano, botsana, botsitse,
botsitsoe, botsetsa, botsetsoa, mmotsi, lebotsa, lebotsi, sebotsi).
Ipudufaletsa (i-pu-du-fa-le-tsa) /spoil/ Leiketsi la ho pudufaletsa: ho itshenyetsa
letsatsi ka diketso tse sa hlokahaleng. Ho ipeha boemong ba mpefalo kapa ho hlora
ka bowena. (mm. boipudufaletso, pudufaletso, pudufaletsoa, pudufaleditse,
pudufaleditsoe, seputsoe).
Ipudufatsa (i-pu-du-fa-tsa) /filthing oneself/ Leiketsi la ho pudufatsa: ho itshilafatsa
ka lerole kapa tshila. (mm. boipudufatso, pudufatso, pudufatsoa, pudufaditse,
pudufaditsoe, moipudufatsi, seputsoe).
Ipuella (ipu-el-la) /self representing/ Leiketsi la ho buella: ho bua ntle le ho batla
moemedi. (mm. boipuello, puello, buelloa, puisano, puo, buile, buisana, buisoa,
puophara, bua, buabua, mmuwi, mmuisoa, mmuuwa, sebui).
Ipula (ipu-la) /self opening/ Leiketsi la ho bula: ho buleha hoa ntho e itseng ntle le
ho buloa. (mm. boipulo, pulo, pulelo, buleloa, pulelano, bulelana, buloa, butse,
butsoe, bulela, sebulabulane).
160
161
Ipusa (ipu-sa) /independent/ Leiketsi la ho busa: ho lokoloha hoa naha, motho kapa
ntho e itseng ho bakang boipuso kapa tokoloho. Ho ba ntle le khatello kapa
hlekefetso ya mohatelli. (mm. boipuso, puso, pusano, busana, busoa, busitse,
busitsoe, mmuso, mmusi, mmusisi, mmusa, lebusa).
Iqabanya (iqa-ban-ya) /conflicting/ Leiketsi la ho qabanya: ho baka diqabang ka
bowena; ho baka maemo a hlokang tsamaisano mmoho. (mm. boiqabanyo, qanano,
qabang, qabantsho, qabantsha, qabanya, qabanyoa, qabane, moqabanyi).
Iqabola (iqa-bu-la) /self entertaining/ Leiketsi la ho qabola: ho etsa diketso tse
tshehisang le ho natefisa bowena. (mm. boiqabolo, qabolo, qabolano, qabolana,
qabotse, qabotsoe, qaboleha, qaboleho, seqabolane).
Iqaketsa (iqa-ke-tsa) /causing self predicament/ Leiketsi la ho qaketsa: ho ipakela
maemo a thata. (mm. boiqaketso, qaka, qakeho, qaketso, qaketsoa, qaketsano,
qaketsana, qakile, qakehile, moiqaketsi).
Iqapela (iqa-pe-la) /inventing for oneself/ Leiketsi la ho qapela: ho iketsetsa leano,
tshibollo kapa ntho e itseng kgetlo la pele. (mm. boiqapelo, qapelo, qapeloa,
qapelano, qapelana, qapile, qapiloe, moqapi, seqapi).
Iqaphela (iqap-he-la) /self blaming/ Leiketsi la ho qaphela. Tem. Modumo wa
lentsoe lena “qaphela” o tshoana le wa puo ya Sekone ha o bitsoa joalo ka “xaphela”
le ha moelelo le tshebediso di sa tshoane ho ya ka dipuo. Ho qaphela ke ho bontsha
boinyatso kapa ho nyatsa ka ho bua dipuo tse bontshang ketso eo. (mm. boiqaphelo,
qaphelo, qaphetse, qaphetsoe, qapheloa, moqaphi).
Iqaqisa (i-qa-qi-sa) /self clarifiying/ Leiketsi la ho qaqisa: ho ipeha seemong se
utloahalang sa ho bua kapa ho hlalosa. (mm. boiqaqiso, qaqiso, boqaqi, qaqisoa,
qaqisiso, qaqisisa, qaqisitse, qaqisitsoe, qaqile, moqaqi, moqaqisi).
Iqeka (iqe-ka) /slow moving/ Leiketsi la ho qeka: ho itsamayela hantle ntle le ho tata
kapa ho potlaka. (mm. boiqeko, qeko, qekoa, qekile, qekiloe, moiqeki).
Iqella (iqel-la) /clemency or pardon seeking/ Leiketsi la ho qella: ho ba mokgoeng
wa ho kopa tshoarelo ka phoso kapa molato o entsoeng pejana; ho ikopela tshoarelo
ka mora ho fuwa kahlolo. (mm. boiqello, qello, qelloa, qetse, qetsoe, qela, qeloa).
Iqetella (iqe-tel-la) /finish off oneself/ Leiketsi la ho qetella: ho ipolaya ka mora ho
hloleha la pele. (mm. boiqetello, qetello, qetellana, qetellano, qetelloa, qetile).
Iqhanehela (iq-ha-ne-he-la) // Leiketsi la ho qhanehela: ho itokisetsa qhana ka
bowena, ka ho e beha hodima pitsi kapa bodulong ba yona. (mm. boiqhanehelo,
qhaneho, qhaneha, qhanehoa, qhanehile, qhanehiloe, qhanolla, qhana).
Iqhatsetsa (iq-ha-tse-tsa) /pour for oneslef/ Leiketsi la ho qhatsetsa: ho tshela metsi
kapa lero ntle le thuso kapa taelo ya mang kapa mang. (mm. boiqhatsetso, qhatsetso,
qhatsetsoa, qhatseditse, qhatseditsoe).
Iqhena (iq-hi-na) // Leiketsi la ho qhena. (mm. boiqheno, qheno, qhenne, qhennoe).
Iqhetsolela (iq-he-tsu-le-la) /to cut for oneself/ Leiketsi la ho qhetsola: ho iketsetsa
kapa ho intshetsa lekumane ka bowena ntle le thuso. (mm. boiqhetsolelo, qhetsolo,
qhetsoloa, qhetsolako, qhetsolaka, qhetsolelano, qhetsolelana, qhetsotse, qhetsotsoe,
leqhetso, leqhetsoana).
Iqhoaela (iq-hwa-ela) // Leiketsi la ho qhoaela: ho sebedisa lemao kapa sepelete
bakeng sa ho apara kobo ntle le ho thusoa. (mm. boiqhoaelo, qhoaelo, qhoaelano,
qhoaelana, qhoaetse, qhoaetsoe).
Iqhoedisa (iq-hwe-di-sa) // Leiketsi la ho qhoedisa: ho noa metsi kapa seno ka tsela e
bakang hore a o kgame. (mm. boiqhoediso, qhoediso, qhoedisano, qhoedisana,
qhoetse, qhoetsoe).
161
162
Iqhotha (iq-hut-ha) // Leiketsi la ho qotha: ho itlosa manala ka bowena ntle le thuso
ya mang kapa mang. (mm. boiqhotho, qotho, qothelano, qothelana, qothela, qothetse,
qothetsoe, qothile, qothiloe).
Iqobella (iqu-bel-la) /forcing oneself/ Leiketsi la ho qobella: ho etsa ketso e itseng o
rata kapa o sa rate. (mm. boiqobello, qobello, qobellano, qobellana, qobelloa,
qobelletse, qobelletsoe, moqobelli).
Iqoedisa (iq-we-di-sa) /self drowning/ Leiketsi la ho qoedisa: ho kena tlasa metsi
nakong ya ho sesa ka bowena. (mm. boiqoediso, qoediso, qoela, qoelo, qoedisitse,
qoedisitsoe, qoetse, seqoedi).
Iqoqisa (i-qo-qi-sa) /pretending to converse/ Leiketsi la ho qoqisa: ho etsa eka o wa
qoqa le ha ho se joalo. (mm. boiqoqiso, qoqisoa, moqoqo, moqoqi, qoqelano,
qoqelana, qoqela, qoqeloa, qoqetse, qoqetsoe).
Iqotsetsa (iqo-tse-tsa) /accumilating for oneself/ Leiketsi la ho qotsetsa: ho inkela
bongateng ka ho iketsetsa qubu kapa mokato. (mm. boiqotsetso, qotsetso, qotsetsoa,
qotseditse, qotseditsoe, moqotsi).
Isa (is-a) /send, transfer/ Ho tlosa sebakeng seseng ho ya ho seseng; ho nkela nqa
enngwe e fapaneng le ya pele. (bap. fallisa). Mael. Ho isa pelo mafisa: ho hlora
haholo moyeng; ho hloka monate. Mael. Ho isa tsebe: ho lebisa tsebe nqa ya puo
kapa modumo o etsoang bakeng sa ho utloa hantle.
Isana (is-ana) // Ketsetsano ya ho isa.
Isao (isa-o) /next year/ Selemo se tlang; selemo se latelang sona sena. (bap.
monongoaha, ngoahola).
Isetsa (i-sets-a) /send someone something/ Ketsetso ya ho isa: ho tlosa sebakeng
seseng ho ya ho seseng; ho nkela nqa enngwe.
Isitse (i-si-tse) /sent/ Bokgale ba ho isa.
Isitsoe (i-sits-we) // Bokgale le boetsuwa ba ho isa.
Isoa (is-wa) /sent/ Boetsuwa ba ho isa
Itabanya (ita-ban-ya) // Leiketsi la ho tabanya: ho itahlela fatshe ka bowena ntle le
ho etsoa joalo. (mm. boitabanyo, tabano, tabanyo, tabanyoa, tabantse, tabantsoe,
moitabanyi).
Itabolela (Ita-bu-le-la) // Leiketsi la ho tabolela: ho itshenyetsa seaparo ka phoso
kapa ka baka la bohlasoa ba hao. (mm. boitabolelo, tabolo, tabolelo, taboleloa,
tabotse, tabotsoe, motabodi).
Itaela (ita-el-a) /liberated/ Leiketsi la ho laela: ho iketsetsa borata ka baka la ho
lokoloha kelellong le monahanong. Ho etsa thato ya hao, neng kapa neng. (mm.
boitaelo, taelo, tayo, laeloa, laetse, laetsoe) (bap. Itaola, borata, ratas).
Itaha (ita-ha) /toxin oneself/ Leiketsi la ho taha: ho sebedisa tai kapa sethethefatsi ka
sepheo sa ho fihlella boemo ba tlheulo. (mm. boitaho, botawa, tahile, tahiloe, tahiso,
tahisoa, tahoa, letawa).
Itahla (ita-hla) /go away, flee, escape/ Leiketsi la ho lahla: ho ipha naha; ho ja
fatshe; ho baleha. (mm. boitahlo, tahleho, tahlehelo, tahlehiso, tahlehelano,
lahlehelana, lahleheloa, lahlehetse, lahlehetsoe, lahlehisa, lahlehisoa, molahlehi,
molahluwa).
Itahlela (ita-hle-la) /throw oneself down/ Leiketsi la ho lahlela: ho ikisa fatshe ka
tsela e mpe, lematsang. Mael. Ho itahlela ka setotsoana: ho kena ditaba o sa
mengoa; ho ba ditabeng ntle le ho bitsoa; ho ba teng ntle le ho laeloa. (mm.
boitahlelo, tahlelo, lahleloa, lahlisa, lahlisoa, lahlile).
Itaisa (ita-is-a) /to pretent to be drunk/ Leiketsi la ho taisa: ho etsa eka o tauwe
empa ho se joalo. (mm. boitaiso, taiso, taisoa, tai, tauwe, botawa, letawa.
162
163
Itaola (ita-ul-a) /independent, free/ Leiketsi la ho laola: ho iketsetsa thato ya hao ka
lebaka la ho lokoloha. (mm. boitaolo, taolo, laotse, laotsoe, laoleha, taoleho,
molaodi) (bap. itokolla).
Itapisa (ita-pi-sa) /fasting/ Leiketsi la ho lapisa: ho itima dijo ka baka la tumelo kapa
ho fihlella boemo bo itseng. (mm. boitapiso, tapiso, lapisoa, lapile, lapisa, lapisoa,
moitapisi, selapane).
Itatisa (ita-ti-sa) /hurry oneself/ Leiketsi la ho tatisa: ho ipotlakisa ntle le mabaka a
utloahalang; ho itsamaisa kapele ho sa hlokahale. (mm. boitatiso, tatiso, tatisoa,
tatile, tatela, tateloa, tatetse, tatetsoe, motati).
Itatola (ita-tu-la) /deny, disagree/ Leiketsi la ho latola: ho bua puo e hananang le seo
ho thoeng o se entse. (mm.boitatolo, tatolo, tatolano, latolana, latoloa, latotse,
latotsoe, molatodi).
Itebala (ite-ba-la) /mindfulessness, unattentive/ Leiketsi la ho lebala: ho ba
makgatheng a ho se natse se ka etsahalang. (mm. boitebalo, tebalo, lebaloa, lebatsa,
lebatsoa, lebetse, lebetsoe, molebadi).
Itebatsa (ite-ba-tsa) // Leiketsi la ho lebatsa: ho iketsa eka o lebetse empa ho se
joalo. (mm. boitebatso, tebatso, lebatsoa, lebetse, lebetsoe, bolebadi, molebatsi)
Itebela (ite-be-la) /to leave voluntarily/ Leiketsi la ho tebela: ho itsamayela ntle le
ho lelekoa. (mm. boitebelo, tebelo, tebelano, tebelana, tebeloa, tebetse, tebetsoe).
Itebela (ite-bil-a) /to box oneself/ Leiketsi la ho tebela: ho inatha ka setebele ka
boomo kapa ka lebaka la ho itenehela. (mm. boitebelo, setebele, tebelo, tebetse,
tebetsoe, tebelaka, tebelako, raditebele).
Itebela (ite-bel-a) /to guard oneself/ Leiketsi la ho lebela: ho ba boemong ba ho ba
molebedi wa hao kapa bowena. (mm. bolebedi, boitebelo, tebelo, lebeloa, lebetse,
lebetsoe, molebedi).
Iteboha (ite-bu-ha) /reward oneself/ Leiketsi la ho leboha: ho ipha lethonyana
bakeng sa mosebetsi kapa ketso eo o e entseng, e ntle. (mm. boiteboho, teboho,
tebohiso, lebohisa, lebohisoa, lebohisitse, lebohisitsoe, lebohile).
Itefella (iti-fel-la) /to pay for oneself/ Leiketsi la ho lefella: ho lefa chelete bakeng
sa bowena ntle le ho etsetsoa joalo. (mm. boitefello, tefello, tefellano, lefellana,
lefelloa, lefelletse, lefelletsoe, molefe, molefi, malefane).
Itefisa (ite-fi-sa) /pretent to be spoilt/ Leiketsi la ho lefisa: ho bontsha ho tefa le ha
ho le sio. (mm. boitefiso, tefiso, tefisano, lefisana, lefisoa, lefisitse, lefisitsoe,
molefi).
Iteka (ite-ka) /attempt, dry, endeavour/ Leiketsi la ho leka: ho bontsha
boikgathatso ba ho etsa ketso e itseng le ha ho le thata kapa ho sa kgonahale. Mael.
Moketa ho tsosoa o itekang: motho ho thusoa ya etsang bonyane bo itseng. Motho ho
thusoa ya itekang kapa ya etsang lethonyana. (mm. boiteko, teko, tekano, lekana,
lekile, lekiloe, lekella, lekelloa, moiteki).
Itekanya (ite-kan-ya) /to fit for oneself/ Leiketsi la ho lekanya: ho apara seaparo ka
tebello ya ho bona hore na ebe se a o tshoanela. (mm. boitekanyo, tekanyo, lekanyoa,
lekantshe, lekantshoe).
Itekanyetsa (ite-kan-ye-tsa) /size, weigh for oneself/ Leiketsi la ho lekanyetsa: ho
etsa dintho ka tsela e nang le kelello, ebile e sa fete bowena ba hao. (mm.
boitekanyetso, tekanyetso, lekanyeditse, lekanyeditsoe).
Iteketlisa (ite-ke-tli-sa) /dangle oneself/ Leiketsi la ho leketlisa: ho itshoareletsa ka
lekala kapa ntho e hodimo, e leketlang. (mm. boiteketliso, teketliso, leketlisoa,
leketla, leketlile, moleketla).
163
164
Itekola (ite-ku-la) /introspect/ Leiketsi la ho lekola: ho icheba ka mora diketsahalo
tse mpe tse sa tsoa etsahala kgahlanong le bowena; ho itlhatlhobisisa. (mm.
boitekolo, tekolo, tekolano, lekolana, lekoloa, lekotse, lekotsoe, molekodi).
Itellisa (itel-li-sa) /invite disrespect/ Leiketsi la ho tellisa: ho baka tello e
kgahlanong le bowena ka ho etsa diketso tse itseng; ho bua dipuo tse hohelang tello
kapa ho se hlomphuwe. (mm. boitelliso, tello, telliso, tellano, tellana, tellisoa,
telletse, telletsoe).
Itematsa (ite-ma-tsa) /injure oneself/ Leiketsi la ho lematsa: ho intsha kotsi ka
phoso. (mm. boitematso, tematso, tematsano, lematsana, lematsoa, lemala, lemetse,
molemadi).
Itemela (ite-me-la) /plough for oneself/ Leiketsi la ho lema: ho lema ntle le thuso ya
mang kapa mang. (mm. boitemelo, temo, bolemi, lemme, lenngoe, lemela, lemisa,
lemisoa, molemi).
Itemoha (ite-mu-ha) /realise oneself, retrospect/ Leiketsi la ho lemoha: ho ikelelloa
ka mota hore ho etsahale bobe ho wena. (mm. boitemoho, temohiso, temoho, temoso,
lemohile, lemohisa, lemohisoa, molemohi).
Itentsha (ite-nts-ha) /dress oneself/ Leiketsi la ho tentsha: ho ikapesa ntle le ho
thusa; ho kenya diaparo mmeleng wa hao ka bowena. (mm. boitentsho, tentsho,
tentshoa, tenne, tennoe, moteno).
Iteoletsa (ite-u-le-tsa) /sharpen for oneself/ Leiketsi la ho leoletsa: ho etsa hore
thipa kapa lerumo la hao le be motsu. (mm. boiteoletso, teoletso, leoletsoa, leoditse,
leoditsoe, seleotsi).
Itepellisa (ite-pel-li-sa) /spoil oneself/ Leiketsi la ho tepellisa: ho bontsha ho tefa ka
ho etsa diketso tsa tefo. (mm. boitepelliso, tepelliso, tepello, tepellisitse, tepellisitsoe,
tepellisoa, moitepellisi).
Itereka (Ite-re-ka) /to dress nicely/ Ho apara hantle haholo; ho apara diphahlo tse
ncha, tse ntle. Leiketsi la ho tereka. (mm. boitereko, tereko, terekoa).
Itesella (ite-sel-la) /catipulate, give up/ Leiketsi la ho lesella: ho itlohella feela ntle
le ho itlhokomela. (mm. boitesello, tesello, teselo, tesellano, lesallana, lesetse,
lesetsoe, molesedi) (bap. inehela).
Iteta (ite-ta) /to brave, face, confront, to be audacious/ Ho ba le sebete sa ho loana
kgahlanong le se tshajoang; ho lebana le kotsi ntle le tshabo; ho bua kgahlanong le
motho ya tshajoang. Leiketsi la ho teta. (mm. boiteto, teto, itetile).
Iteteella (it-ite-el-la) /to overdress/ Ho apara diaparo tse ngata mmeleng hofeta
tekanyo. (bap. Titiella).
Iteteelletse (it-ite-el-le-tsi) /overdressed/ E kapa ya apareng diaparo tse ngata
mmeleng hofeta tekanyo. (bap. Titielletse).
Iteteka (ite-te-ka) /thwack oneself/ Leiketsi la ho teteka: ho ichapa ka lebaka la ho
kgena kapa ho kgentshoa ke bobe boo o bo entseng. (mm. boiteteko, teteko, tetekano,
tetekana, tetekoa, tetekile, tetekiloe).
Itetile (ite-ti-le) // Bokgale ba ho iteta.
Itetsetsa (ite-tse-tsa) /play music for oneself/ Leiketsi la ho letsetsa: ho etsa
modumo wa mmino ka bowena bakeng sa hao. (mm. boitetsetso, tetsetso, tetsetsano,
letsetsana, letsetsoa, letsitse, letsitsoe, seletsa).
Ithabisa (it-ha-bi-sa) /entertain oneself, revel/ Leiketsi la ho thabisa: ho iketsetsa
monate kapa monyala ka ho bapala, tsheha kapa ho etsa diketso tsa nyakallo. (mm.
boithabiso, thabiso, thabisana, thabisano, thabisitse, thabisitsoe, moithabisi).
164
165
Ithaha (it-ha-ha) /kick oneself/ Leiketsi la ho raha: ho itematsa ka leoto ka phoso
ntle le boikemisetso. (mm. boithaho, thaho, rahoa, rahile, rahiloe, raela, raetse,
raetsoe, raelana).
Ithakadisa (it-ha-ka-di-sa) /to pretent to limp/ Leiketsi la ho thakadisa: ho etsa eka
o wa qhiletsa empa ho se joalo; boiketsiso ba ho thakasa. (mm. boithakadiso,
thakadiso, thakasa, thakadisa, thakadisoa).
Ithapallisa (it-ha-pal-li-sa) /to pretent to have fallen/ Leiketsi la ho rapallisa: ho
etsa eka o rapalletse empa ho se joalo. (mm. boithapalliso, thapallo, rapallisoa,
rapalletse, rapaletse, moraparapa).
Ithapella (it-ha-pel-la) /pray for oneself/ Leiketsi la ho rapella: ho rapella bowena
ba hao; ho iketsetsa thapelo e mabapi le wena. (mm. boithapello, thapello, thapelo,
rapela, rapella, rapellana, rapelletse, rapelletsoe, rapetse, rapeloa, morapedi).
Ithapisa (it-ha-pi-sa) /lenient, easy going/ Ho ba bonolo kgahlanong le; ho qenehela
motho ya entseng phoso; ho sala morao ha ho etsoa ketso tse itseng. Leiketsi la ho
thapisa. (mm. boithapiso, thapiso, thapisoa, thapile, thapisitse, thapisitsoe,
moithapisi).
Ithata (it-ha-ta) /neat/ Ho ba makgethe; ho rata bohloeki. Leiketsi la ho rata. (mm.
boithati, thato, lerato, ratile, ratiloe, ratoa, rateha, moratani, morati, serati).
Ithatafatsa (it-ha-ta-fa-tsa) /harden oneself, become stubborn/ Leiketsi la ho
thatafatsa: ho bontsha manganga ka ho satallisa molala kgahlanong le ho nka taelo
kapa ho mamela lebaka le utloahalang. (mm. boithatafatso, thatafatso, thatafatsoa,
thatafaditse, thatafaditsoe).
Ithatela (it-ha-te-la) /to like, prefer/ Ho rata ka ho kgesolla kapa ho kgetholla hara
babang kapa tseding. Leiketsi la ho ratela. (mm. boithatelo, thato, rateloa, ratetse,
ratetsoe, moithati).
Ithatela (it-hat-el-a) /to roll oneself/itself/ Leiketsi la ho thatela: ho iphutela ka ntho
e itseng. (mm. boithatelo, thatelo, thatelano, thatelana, thateloa, thatetse, thatetsoe).
Ithatisa (it-ha-ti-sa) /to fake to love/ Leiketsi la ho ratisa: ho iketsa eka o ratana le
mangmang empa ho se joalo. (mm. boithatiso, thatiso, ratisoa, ratisisa, ratisisoa,
ratisitse, ratisitsoe).
Ithatolla (it-ha-tul-la) /unroll oneself/ Leiketsi la ho thatolla: ho ithusa ho harolla
ntho e thatetseng mmele. (mm. boithatollo, thatollo, thatolloa).
Itheha (it-e-ha) // Leiketsi la ho reha: ho ipha lebitso ntle le ho emela ho rewa kapa
ho fuwa lona. (mm. boitheho, theho, thehello, thehellano, rehellana, rehella,
rehelletse, rehelletsoe, moithehi) .
Ithekela (it-he-ke-la) /buy for oneself/ Leiketsi la ho rekela: ho ntsha chelete bakeng
sa ho ithekela se batloang ntle le ho etsetsoa joalo. (mm. boithekelo, thekelo,
thekelano, rekelana, rekeloa, reketse, reketsoe, moreki).
Ithekisa (it-he-ki-sa) /sell oneself, market oneself/ Ho bua ka bowena bakeng sa ho
fumana mosebetsi kapa ho etsa kgoebo e itseng. Leiketsi la ho rekisa. (mm.
boithekiso, thekiso, rekisoa, rekile, rekiloe, moithekisi) (bap. Boithekiso).
Itheola (it-he-u-la) /climb down by voluntarily/ Leiketsi la ho theola: ho ya tlase ho
tloha hodima ntho e hodimo ntle le ho thusoa. (mm. boitheolo, theolelo, theolela,
theolo, theoloa, theotse, theotsoe, motheo).
Ithera (it-he-ra) /caucus/ Ho bua mmoho ka thoko pele ho seboka kapa kopano ya
dipuisano. Leiketsi la ho rera. /bon. Maithero/ (mm. boithero, therano, rerana, thero,
reroa, rerile, reriloe, morero, moreri, moitheri) (bap. Boithero).
165
166
Itheta (it-he-ta) /self rolling/ Leiketsi la ho theta: ho ikisa tlase le motheo ka ho
lepella fatshe. (mm. boitheto, theto, theteha, theteho, thetha, thetehile, thetile,
thetiloe).
Ithetsa (it-he-tsa) /deceive oneself/ Ho bua leshano kgahlanong le bowena. Ho
nahana hore boemo bo ka tsela e itseng empa ho se joalo. Leiketsi la ho thetsa. (mm.
boithetso, thetso thetseho, thetsano, thetsana, thetsitse, thetsitsoe, moithetsi).
Ithetsa (it-hits-a) /touch oneself/ Leiketsi la ho thetsa: ho sebedisa letshoho bakeng
sa ho tshoara mmele kapa seseng sa ditho tsa ona. (mm. boithetso, thetsoa, thetsitse,
thetsitsoe, thetsana, thetsano).
Ithiba (it-hi-ba) /control oneself/ Leiketsi la ho thiba: ho kgona ho itshoara
kgahlanong le ho etsa phoso kapa ketso e mpe, e sa dumeleheng. (mm. boithibo,
thibo, thijoa, thibile, thibiloe, thibela, thibeloa, thibetse, thibetsoe, thibeloa, thibangthibang, mothibi, sethibathibane). Mael. Ho ithiba ditsebe: ho se mamele hohang.
Ithibolla (it-hi-bul-la) /unblock oneself/itself/ Leiketsi la ho thibolla: ho ba
boemong ba ho tlosa se thibileng lesoba ntle le thuso ya eng kapa eng. (mm.
boithibollo, thibollo, thibolloa, thibollotse, thibollotsoe).
Ithimodisa (it-him-odi-sa) /pretent to sneeze/ Leiketsi la ho thimodisa: ho etsa eka
ho thimola ho teng empa ho se joalo. (mm. boithimodiso, thimodiso, thimodisoa,
thimodisitse, thimosisitsoe, thimola).
Ithitamisa (it-hit-a-mi-sa) // Leiketsi la ho ritamisa: ho tlosa masalla a masepa
lesobeng la dibono ka bowena ntle le ho thusoa. (mm. boithitamiso, thitamisano,
ritamisana, thitamiso, ritamisa, ritamisoa, ritame, ritamela, seritama).
Ithoala (it-hwa-la) /to be pregnant/ Ho ba moimana: ho ba le lesea ka popelong; ho
ba le bophelo ka popelong. Leiketsi la ho roala. (mm. boithoalo, thoalo, moroalo)
Ithoesa (it-hwe-sa) /burden oneself/ Leiketsi la ho roesa: ho kgona ho beha nkgo
kapa ntho e itseng hloohong ntle le ho thusoa. (mm. boithoeso, thoeso, thoesano,
roesana, roetse, roala, roaloa).
Ithoetse (it-hwe-tse) /pregnant/ E boemong ba ho bontsha kemaro; e tshehadi e
nang le bophelo ka popelong; e ka tsoalang ka mora dikgoedi tse itseng ka lebaka la
kemaro. (bap. imme, emere, mmeleng).
Ithohaka (it-haw-ha-ka) /insult oneself/ Leiketsi la ho rohaka: ho lebisa tlhapa kapa
thohako ho bowena. (mm. boithoahako, thohako, thohakano, rohakana, rohakile,
rohakiloe, morohaki).
Ithoka (it-haw-ka) /to make poet, to praise sing/ Leiketsi la ho roka: ho rorisa ka
dipuo le mmino; ho phahamisa ka mantsoe a monate a nang le thoriso; ho beha
hodimo ka mantsoe a lokileng a pina kapa thothokiso. (mm. boithoko, thoko, rokoa,
rokile, rokiloe, moroki, moithoki).
Ithola (it-haw-la) // Leiketsi la ho thola: ho iphumana ka mora ho se tsebe se
tlamehang ho etsoa; ho fihlella sepheo sa hao. (mm. boitholo, tholano, tholoa,
thotse).
Itholela (it-hu-le-la) /to be neutral/ Ho se bontshe tshekamelo kapa lehlakore ka ho
thola kapa ho se ntshe maikutlo. Ho thola feela tje. Leiketsi la ho thola.
Ithoma (it-hu-ma) /to shit oneself/ Ho nyela bowena: ho ntshetsa masepa diaparong
tse aperoeng; ho inyela; ho nyela diaparo tse aperoeng. (mm. boithomo, ithomile)
Ithoma (//) /send oneself/ Leiketsi la ho roma: ho ya ntle le ho isoa; ho ikisa kaekae
ka bowena ntle le ho romeletsa kapa ho roma emong. (mm. boithomo, thomo,
thomano, romana, romme, ronngoa, ronngoe, romela, romeloa, rometse, rometsoe,
morumuwa).
166
167
Ithonkga (it-hun-kga) /to aggravate an injury/ Leiketsi la ho thonkga: ho etsa hore
leqeba le be bohloko ka phoso ka ho le thetsa hampe. (mm. boithonkgo, thonkgo,
thonkgeho, thonkgeha, thonkgoa, thonkgehile, thonkgile, thonkgiloe).
Ithorisa (it-ho-ri-sa) /self praise, to praise self, boast/ Ho fana ka thoriso bakeng sa
bowena ntle le ho etsoa joalo. Ho iphahamisa ka dipuo. Leiketsi la ho rorisa.
Ithotela (it-hu-te-la) /self pissing/ Leiketsi la ho rotela: ho rotela diphate kapa
diaparo ka lebaka la bokudi kapa boemo bo itseng, bo sa tloaelehang. (mm.
boithotelo, thotelo, roteloa, rotetse, rotetsoe, rotile, moroto, serota).
Ithunya (it-hun-ya) /shoot oneself/ Leiketsi la ho thunya: ho tobetsa konopo ya
sethunya ka phoso kapa ka boikemistso ka tsela e bakang hore kulo e tsoe mme e o
bolaye kapa e o ntshe kotsi. (mm. boithunyo, thunyano, thunyana, thuntse, thuntsoe,
sethunya).
Ithuta (it-hu-ta) /learn, imbile/ Ho batla tsebo e ncha ka ho bala, sebetsa, ngola kapa
ho ikoetlisa. Ho fumana bohlale bo bocha lekgetlo la pele ka ho etsa ketso e itseng;
ho ipha tsebo ka ho leka ho etsa ketso e itseng. Leiketsi la ho ruta.
Ithutile (it-hu-ti-le) /learned/ Bokgale ba ho ithuta.
Itia (i-ti-a) /fall oneself/ Leiketsi la ho dia: ho itahlela fatshe. (mm. boitio, tielo,
diela, diela, dietse, dielana, tielano, madiela) (bap. itihela).
Itihela (iti-he-la) /cust down oneself/ Leiketsi la ho dihela: ho itahlela fatshe ka
phoso kapa ka baka la ho teneha le ho kgena. (mm. boitio, tielo, diela, diela, dietse,
dielana, tielano, madiela).
Itima (iti-ma) /to fast/ Leiketsi la ho tima: ho ba ntle le dijo; ho hana kapa ho tlohela
sejo kapa seno. (mm. boitimo, timano, timana, tinngoe, timme).
Itlama (itla-ma) /commit oneself/ Leiketsi la ho tlama: ho ipeha boemong ba ho
phethahatsa morero o itseng; ho nka maikarabelo a itseng ntle le ho qobelloa kapa ho
laeloa joalo. (mm. boitlamo, tlamo, setlamo, tlameha, tlameho, tlamme, tlanngoe,
tlangoa, moitlami).
Itlamahanya (itla-ma-han-ya) /associate, affiliate/ Leiketsi la ho tlamahanya: ho
ipapisa le mokga, sehlopha kapa leano le itseng ka bowena ntle le ho qobelloa. (mm.
boitlamahanyo, boitlamo, tlamahanyoa, tlamahantse, tlamahantsoe, moitlamahanyi)
Itlatlarietsa (itla-tla-ri-etsa) /complain loudly, vociferous complaining/ Ho belaela
ka ho etsa lerata le leholo. Leiketsi la ho tlatlarietsa. (mm. boitlatlaritso, tlatlarietso,
tlatlarietsoa, tlatlarieditse, tlatlarieditsoe, moitlatlarietsi).
Itlefetsa (itle-fi-tsa) /clobber, hit oneself/ Leiketsi la ho tlefetsa: ho inatha sefahleho
ka lebaka la ho kgena haholo. (mm. boitlefetso, tlefetso, tlefetsano, tlefetsana,
tlefetsoa).
Itlhaba (itl-ha-ba) /stab oneself/ Leiketsi la ho hlaba: hi ikenya thipa kapa ntho e
motsu ka phoso kapa ka boomo. (mm. boitlhabo, tlhabo, tlhabano, hlabana, hlabile,
hlabela, hlajoa, mohlabi).
Itlhahafatsa (itl-ha-ha-fa-tsa) /to be ferocious, wild/ Leiketsi la ho hlahafatsa: ho
ipheha maemong a hlokang setsoalle. (mm. boitlhahafatso, tlhahafatso, hlahafatsoa,
hlahafaditse, hlahafaditsoe, hlaha, bohlaha).
Itlhahanela (itl-ha-ha-ne-la) /rush, hurry up/ Ho tsamaya nako e sa dumela; ho
tsamaya nako e sa le teng; ho phakisa ka lebaka la ho fihla pele. Leiketsi la ho
hlahanela. (mm. boitlhahanelo, tlhahanelo, itlhahanetse) (bap. phakisa, potlaka).
Itlhahisa (itl-ha-hi-sa) /appear, manifest oneself/ Leiketsi la ho hlahisa.: ho
iponahatsa ka mora ho nyamela; ho ba teng hape ka mora ho ba sio. (mm.
boitlhahiso, tlhahiso, tlhahisano, hlahisana, hlahisitse, hlahisitsoe, moitlhahisi).
167
168
Itlhahisa (itl-ha-hi-sa) /show off, boast/ Ho bontsha bowena; ho hlahisa seo oleng
son ntle le ho pata; ho ipontshahatsa kapa ho iponahatsa pepeneneng.
Itlhakisa (itl-ha-ki-sa) /clarify, elucidate oneself/ Leiketsi la ho hlakisa: ho bua ka
tsela eo se buuwang se utloahalang hantle. (mm. boitlhakiso, tlhakiso, tlhakisetso,
hlakisetsa, hlakisetsoa, hlakisoa, hlakile, hlakisitse, hlakisitsoe, moitlhakisi).
Itlhakola (itl-ha-ku-la) /dust oneself, erase/ Leiketsi la ho hlakola: ho itlosa
maphemphe kapa bohlasoa bo bonahalang. (mm. boitlhakolo, tlhakolo, tlhakola,
hlakoloa, hlakotse, hlakotsoe, hlakoleha, tlhakoleho, mohlakola).
Itlhapaola (itl-ha-pa-ula) /insult oneself/ Leiketsi la hohlapaola: ho lebisa thohako
ho wena; ho ithohaka. (mm. boitlhapaulo, tlhapaolo, tlhapaolano, hlapaola,
hlapaolana, hlapaotse, hlapaotsoe) (bap. ithohaka).
Itlhapisa (itl-ha-pi-sa) /bath oneself/ Leiketsi la ho hlapisa: ho kena ka metsing
bakeng sa ho itodisa ntle le ho etsetsoa joalo. (mm. boitlhapiso, tlhapiso, tlhapo,
hlapisitse, hlapisitsoe, hlapile, hlapisana, moitlhapisi) (bap. itodisa).
Itlhatlhella (itl-hatl-el-la) /arming oneself/ Leiketsi la ho hlahlella: ho ipha bongata
ba se hlokahalang bakeng sa tshebediso e eketsehileng ya kamoso. (mm.
boitlhatlhello, tlhatlhello, tlhatlhellano, hlahlallena, hlahlelletse, hlahlelletsoe).
Itlhatlhoba (itl-hatl-hu-ba) /examine, inspect oneself, introspect/ Leiketsi la ho
hlahloba: ho itekola kapa ho icheba bakeng sa ho tlosa phoso. (mm. boitlhatlhobo,
tlhatlhobo, tlhatlhobano, hlahlobana, hlahlojoa, hlahlobile, hlahlobiloe, mohlahlobi).
Itlhekehla (itl-he-ke-hla) /shake oneself/ Leiketsi la ho hlekehla: ho itsitsinya
bakeng sa mmino kapa pina; ho tjeka bakeng sa mmino. (mm.boitlheketlho,
tlheketlho, tlheketlhano, tlheketlheho, hlekehleha, hlekehlana, hlekehloa, hlekehlile,
hlekehliloe, moitlheketlhi).
Itlhetlheella (itl-hitl-hel-la) /overdose oneself/ Leiketsi la ho hlehleella: ho iphepa
hofeta tekanyo; ho itjesa haholo. (mm. boitlhetlheello, tlhetlheelo, hlehleelloa,
hlehleelletse, hlehleelletsoe, moitlhetlheelli) .
Itlhobodisa (itl-hu-bu-di-sa) /undress oneself/ Leiketsi la ho hlobodisa: ho ntsha
diaparo mmeleng ka bowena ntle le ho thusoa. (mm. boitlhobodiso, tlhobodisano,
hlobodisana, tlhobodiso, tlhobolo, hlobodisitse, hlobodisitsoe, hlobodisoa, hlobotse,
hlobotsoe, moitlhobodisi).
Itlhodisa (itl-hu-di-sa) /self defeat/ Leiketsi la ho hlodisa: ho etsa diketso tse bakang
hore bokgoni ba ho loana bo fele. (mm. boitlhodiso, tlhodiso, tlhodisano, hlodisana,
hlodisoa, hlodisitse, hlodisitsoe).
Itlhoekisa (itl-hwe-ki-sa) /clean oneself/ Leiketsi la ho hloekisa: ho itlosa ditshila
mmeleng ntle le ho etsetsoa joalo. (mm. boitlhoekiso, tlhoekiso, tlhoeko, hloekisoa,
hloekisitse, hloekisitsoe, moitlhoekisi).
Itlhokofatsa (itl-hu-ku-fa-tsa) /infuriate oneself/ Leiketsi la ho hlokofatsa: ho ipeha
makgatheng a ho kgena haholo ntle le mabaka a utloahalang. (mm. boitlhokofatso,
tlhokofatso, hlokofatsoa, hlokofaditse, hlokofaditsoe, moitlhokofatsi),
Itlhokomela (itl-haw-kaw-me-la) /care for oneself/ Leiketsi la hohlokomela: ho
netefatsa hore bowena ba hao bo hlokomelehile kapa bo tlasa tlhokomelo e kgolo
haholo. (mm. boitlhokomelo, tlhokomelo, hlokomeloa, hlokometse, hlokometsoe,
moitlhokomedi).
Itlhoma (itl-haw-ma) /to lead/ Leiketsi la ho hloma: ho etella pele dipapading tsa
ditlhodisano. Ho nka maemo a pele. (mm. boitlhomo, tlhomo, hlongoa, hlomme,
hlomile, hlomisa, hlomisoa, moitlhomi, mohlomo). Mohl. Sehlopha sa Orlando
Pirates se rata ho itlhoma pele ha se bapala le sa Kaiser Chiefs.
168
169
Itlhomapele (itl-haw-ma-pi-li) /to lead/ Leiketsi la ho hloma-pele: ho etella pele
dipapading tsa ditlhodisano. Ho nka maemo a pele. (mm. boitlhomo-pele, tlhomopele, hlongoa-pele, hlomme-pele, moitloma-pele) Mohl. Sehlopha sa Orlando
Pirates se rata ho itlhoma pele ha se bapala le sa Kaiser Chiefs.
Itlhompha (itl-homp-ha) /respect oneself/ Leiketsi la ho hlompha: ho etsa diketso
tse hlokang tello, tse bontshang boithati. Ho etsa diketso tse bakang hore moetsi a
hlomphehe. (mm. boitlhompho, tlhompho, tlhompheho, tlhomphano, hlomphana,
hlompheha, hlomphile, hlomphiloe, mohlomphehi, moihlomphi, moitlhomphi).
Itlhompholla (itl-homp-ul-la) /disrespect oneself/ Leiketsi la ho hlompholla: ho etsa
diketso tse bakang tello e mabapi le bowena. (mm. boitlhomphollo, tlhomphollo,
hlompholloa, hlomphollotse, hlomphollotsoe).
Itlhonamisa (itl-hu-na-mi-sa) /sadden oneself/ Leiketsi la ho hlanamisa: ho ipeha
boemong ba tlhonamo ka bowena ntle le ho etsoa joalo; ho bontsha ho hlonama ho
sio. (mm. boitlhonamiso, tlhonamiso, tlhonamo, hlonamisoa, hloname, mohlonami)
Itlhophehisa (itl-hup-he-is-a) /impoverish oneself/ Leiketsi la ho hlophehisa: ho
baka diketso tsa tlhopheho ka bowena. (mm. boitlhophehiso, tlhophehiso,
hlophehisoa, hlophehile, hlophehisitse, mohlophehi).
Itlhophisa (itl-hop-hi-sa) /arrange, prepare for oneself/ Leiketsi la ho hlophisa: ho
ipeha boemong bo loketseng ho etsa ketso e itseng. (mm. boitlhopiso, tlhopiso,
tlhopisetso, hlophisetsa, hlophisetsoa, hlophiseditse, hlophiseditsoe) (bap. itukisa),
Itlisa (itli-sa) /bring oneself/ Leiketsi la ho tlisa. Ho ba sebakeng ntle le ho qobelloa
kapa ho susumetsoa. (mm. boitliso, tliso, tlisoa, tlisitse, tlisitsoe).
Itloaetsa (itl-wa-etsa) /accustom oneself, acquint oneself/ Leiketsi la ho tloaetsa: ho
itsebahatsa ho boemo bo itseng; ho tloaelana le mokgoa o itseng. (mm. boitloaetso,
tloaetso, tloaetsoa, tloae, moitloaetsi).
Itlohela (itl-u-he-la) /give up, succumb/ Leiketsi la ho tlohela: ho lesa ho tsoela pele
ka ketso e itseng ka bowena; ho itesella bakeng sa tlholo kapa ho hloleha. (mm.
boitlohelo, tlohelo, tloheloa, tlohelano, tlohelana, tlohetse).
Itlohella (itl-u-hel-la) /give up, succumb/ Leiketsi la ho tlohella: : ho lesa ho tsoela
pele ka ketso e itseng ka bowena; ho itesella bakeng sa tlholo kapa ho hloleha. (mm.
boitlohello, tlohello, tlohellano, tlohellana, tlohelloa, tlohelletse, tlohelletsoe).
Itlontlolla (itl-on-tlul-la) /embarrass oneself/ Leiketsi la ho tlontlolla: ho etsa
diketso tse o phoqang; ho iphoqa ka diketso tse kgesehang. (mm. boitlontlollo,
tlontlollo, tlontlolleha, tlontlolleho, moitlontlolli).
Itlosa (itl-u-sa) /move oneself/ Leiketsi la ho tlosa: ho tloha ka bowena ntle le ho
tlosoa; ho itsamayela ntle le ho joetsoa. (mm. boitloso, tloso, tlosoa, tlositse,
tlositsoe, tlosana, tlosano, tlosetsa, tlosetso).
Itlotsa (itl-o-tsa) /anoint, oil, grease or embrocate oneself/ Leiketsi la ho tlotsa: ho
ineta ka setlolo kapa mafura. (mm. boitlotso, tlotso, tlotsoa, tlotsitse, tlotsitsoe,
moitlotsi, motlotsuwa).
Itoanela (it-wa-ne-la) /fight for oneself/ Leiketsi la ho loanela: ho loana ntle le ho
thusoa; ho loana ka bowena feela ntle le thuso ya mang kapa mang. (mm. boitoanelo,
toanelo, loaneloa, loanne, toantsho, loantsha, loantshitse, loantshitsoe, moloani,
moloanedi, mmantoa, rantoa, seloani).
Itoantsha (it-wa-nts-ha) /contradict self/ Leiketsi la ho loantsha: ho ba boemong ba
ho ba kgahlanong le seo o se buang ka mantsoe a sa tshoaneng; ho bua dipuo kapa
dipolelo tse hanyetsanang. (mm. boitoantsho, toantshano, loantsana, toantsho,
loantshitse, loantshitsoe).
169
170
Itodisa (it-o-di-sa) /bath oneself/ Leiketsi la ho todisa: ho hloekisa mmele ka ho
kena ka metsing ka bowena ntle le ho etsetsoa. (mm. boitodiso, todiso, todisano,
todisana, todisoa, todisitse, todisitsoe, totse).
Itoha (it-u-ha) /braid oneself/ Leiketsi la ho loha: ho lokisa moriri ka ho etsa moloho
o motle ka bowena, ntle le thuso ya emong. (mm. boitoho, bolohi, moloho, lohile,
lohiloe, lohana, tohano, molohi).
Itokisa (itu-ki-sa) /to prepare oneself, brace oneself/ Leiketsi la ho lokisa: ho ipeha
boemong ba malala a laotsoe; ho ba seemong se loketseng ketsahalo e itseng. (mm.
boitokiso, tokiso, tokisetsano, lokisetsana, tokisetso, lokisetsa, lokisitse, lokisitsoe,
lokisoa, molokisi, bolokisi).
Itokisetsa (itu-ki-se-tsa) /fix by oneself/ Leiketsi la ho lokisetsa: ho etsa hore se
robehileng kapa se sa lokang se loke ka ho se lokisa ka bowena. (mm. boitokisetso,
boitokiso, lokisitse, lokisitsoe, tokiso, tokisetsano, lokisetsana, tokisetso, lokisetsa,
lokisitse, lokisitsoe, lokisoa, molokisi, bolokisi).
Itokisetsa (itu-ki-se-tsa) /prepare oneself/ Leiketsi la ho lokisetsa: ho ipeha
boemong ba ho lokela ho phetha mosebetsi kapa ketso e itseng. (mm. boitokisetso,
boitokiso, tokisetsano, lokisetsana, tokisetso, lokisetsoa, lokisitse, lokisitsoe, lokisoa,
molokisi, bolokisi).
Itokolla (it tu-kul-la) /resign/ Ho lesa mosebetsi; ho tlohela tshebeletso; ho se
tsoelepele ka ho sebetsa.
Itoma (it-u-ma) /bit oneself/ Leiketsi la ho loma: ho ja leleme la hao ka meno ka
phoso kapa ntle le boikemisetso. (mm. boitomo, tomo, lomme, longoa, lomana,
tomano, lomeha, tomeho, lomahanya, tomahanyo, lomaka, tomako).
Itopodisa (it-o-pu-di-sa) /pretent to be angry/ Leiketsi la ho topodisa: ho iketsa eka
o kgenne empa ho se joalo; ho ba bohlokong bo sio. (mm. boitopodiso, topo, topolo,
topotse, topodisoa, topodisitse, topodisitsoe).
Itotobisa (ito-to-bi-sa) /stroll for oneself/ Leiketsi la ho totobisa: ho itsamayela ntle
le ho tsamaisoa; ho iqeka ka bowena ntle le ho etsetsoa joalo. (mm. boitotobiso,
totobo,
totobela, totobelo, totobisoa, totobiso, totobile, totobella, totobello,
mototobi).
Itsamaisa (its-a-ma-is-a) /go, walk by oneself, itself/ Leiketsi la ho tsamaisa: ho leba
kapa ho nyathoha ka bowena ntle le ho laeloa joalo. (mm. boitsamaiso, tsamaiso,
tsamaisano, tsamaisana, tsamaile, tsamaisitse, tsamaisitsoe, motsamao, motsamai.)
Itsamaisa (its-a-ma-is-a) /to be independent, move dependently/ Leiketsi la ho
tsamaisa: ho ba boemong ba ho itaola; ho ba ntle le ho laoloa ke naha kapa motho
emong. (mm. boitsamaiso, tsamaiso, tsamaisano, tsamaisana, tsamaile, tsamaisitse,
tsamaisitsoe, motsamao, motsamai).
Itse (itse) (its-e) /said/ Bokgale ba “ore”. Bokgale ba ore. Mohl. O itse o tla tsamaya
mantsiboya. Che ore o tsamaya honajoale. (bap. ore) (mm. itseng).
Itseba (its-e-ba) /know oneself/ Leiketsi la ho tseba: ho ikutloisisa bowena, botho le
tloaelo tsa hao. (mm. boitsebo, tsebano, tsebo, tsebello, tsebella, tsebana, tsejoa,
tsebisa, tsebiso, tsebisoa, tsebile, tsebiloe, setsebi, matseba).
Itsebahatsa (its-eba-ha-tsa) /make oneself known, introduce/ Leiketsi la ho
tsebahatsa: ho itlhalosa kopanong, pitsong kapa sechabeng ntle le ho etsoa joalo; ho
ipolela seo oleng sona. (mm. boitsebahatso, tsabahatso, tsebahatsoa, tsebahaditse,
tsebahaditsoe, moitsebahatsi).
Itsebisa (its-e-bi-sa) /introduce oneself/ Leiketsi la ho tsebisa: ho ipolela seo oleng
sona. (mm. boitsebiso, tsebiso, tsebisano, tsebisana, tsebisoa, moitsebahatsi)
170
171
Itseka (its-ek-a) /to fight for freedom/ Leiketsi la ho tseka: ho loana kgahlanong le
mohatelli, mokgehlepetsi kapa mmuso wa khatello. (mm. boitseko, tseko, tsekisano,
tsekisana, tsekisa, tsekisoa, tsekoa, moitseki).
Itseng (its-eng) /certain, particular, something/ Hoa boemo, ntho kapa ketsahalo:
enngwe e sa hlalosoeng; enngwe eo ho ka buuwang ka yona. Mohl. Morena
Masupha o ne a bua le batho ba itseng. Ba entse diketso tse ngatanyana tse itseng.
Itshaba (its-ha-ba) /frightened of oneself/ Leiketsi la ho tshaba: ho ba le letsoalo ha
o icheba kapa o nahana ka seo o se entseng pejana. (mm. boitshabo, tshabo, tshajoa,
tshabile, tshabisa, tshabisoa, motshabi).
Itshabehisa (its-ha-be-hi-sa) /worsen oneself/ Leiketsi la ho tshabehisa: ho
impefatsa ka diketso tse itseng; ho iketsa mobe. (mm. boitshabehiso, tshabehiso,
tshabehisana, tshabehisano, tshabehisitse, tshabehisitsoe).
Itshabisa (its-ha-bi-sa) /to pretent to be afraid/ Leiketsi la ho tshabisa: ho etsa eka
tshabo e teng empa ho se joalo; ho tshaba ntho e sio. (mm. boitshabiso, tshabiso,
tshabisoa, tshabo, motshabi).
Itshebedisa (its-he-be-di-sa) /pretent to work/ Leiketsi la ho sebedisa: ho etsa eka
mosebetsi o wa etsoa empa ho se joalo; ho etsa tshebesto e sio. (mm. boitshebediso,
tshebediso, tshebedisano, sebedisana, sebedisitse, sebedisitsoe).
Itshebeletsa (its-he-be-ke-tsa) /work for oneself/ Leiketsi la ho sebeletsa: ho etsa
tsohle ka bowena ka sepheo sa ho fihlella boemo ba batloang; ho iketsetsa eng kapa
eng bakeng sa ho fumana moputso. (mm. boitshebeletso, tshebeletsano, sebeletsana,
tshebeletso, sebeletsoa, sebeleditsoe).
Itshebetsa (its-he-be-tsa) /self employed/ Leiketsi la ho sebetsa: ho hlahisa kapa ho
phethahatsa boemo bo itseng ba mosebetsi ntle le ho etsetsa emong; ho sebeletsa
bowena ntle le ramosebetsi. (mm. boitshebetso, tshebetso, sebetsile, mosebetsi,
mosebeletsi).
Itshedisa (its-hi-di-sa) (itshidisa) /cross by oneself/ Leiketsi la ho tshedisa: ho ya ka
mosoung omong wa sebaka ntle le ho thusoa; ho tshela ka bowena ntle le thuso ya
mang kapa mang. (mm. boitshediso, tshelo, tsheloa, tshedisitse, tshedisitsoe, tshetse,
tshetsoe, tshedisoa, botshelo, motshedisi) (bap. Itshidisa).
Itsheha (its-he-ha) /laugh oneself/ Leiketsi la ho tsheha: ho baka diketso tse
qabolang bowena; ho iqabola ka diketso tse bakang setsheho. (mm. boitsheho,
setsheho, tshehano, tshehana, tshehile, tshehiloe, tshehisa).
Itshehisa (its-he-hi-sa) /pretend to laugh/ Leiketsi la ho tshehisa: ho etsa eka o wa
tsheha empa ho se joalo. (mm. boitshehiso, tshehiso, tshehisoa, tshehisitse,
tshehisitsoe, motshehoa).
Itshehla (its-he-hla) /scratch oneself/ Leiketsi la ho sehla: ho iphumula ka ntho e
mahoashe ka phoso kapa ka boikemisetso; ho ingoapa ka phoso. (mm. boitshehlo,
tshehlano, sehlana, sehlile, sehliloe) .
Itshela (its-he-la) /springle, wet oneself/ Leiketsi la ho tshela: ho ingobisa ka ntho e
metsi; ho imetsifatsa kapa ho iketsa mongobo kapa lesoe. (mm. boitshelo, tshelo,
tshella, tshello, tshellana, tshellano, tshetse, tshetsoe, tsheloa, setshelo).
Itshella (its-hel-la) /pour for oneself/ Leiketsi la ho tshella: ho tshela ntle le ho
etsetsoa joalo; ho qhatsa metsi kapa seno bakeng sa ho inoesa. (mm. Tshello,
tshelloa, tshelletse, tshelletsoe, tshellana, tshellano).
Itshepa (its-hep-a) /confident/ Leiketsi la ho tshepa: ho bontsha maikutlo a
boitshepi; ho etsa ketso ka ho bontsha boitshepo, ntle le ho belaela, ho tshoha kapa ho
qeaqea. (mm. boitshepo, tshepo,, tshepana, tshepano, tshetjoa, tshepile, tshepiloe,
motshepuwa).
171
172
Itshepisa (its-hep-is-a) /promise oneself/ Leiketsi la ho tshepisa: ho ipeha boemong
ba ho lebella seo ho senang bonnete ba hore se tla etsahala. Mael. Ho tshepa tshepedi
ya mmantshepe: ho ba le tebello e sio kapa e kekeng ya etsahala. (mm. boitshepiso,
tshepiso, tshepisano, tshepisana, tshepisoa, tshepisitse, tshepisitsoe, motshepisi).
Itshetla (its-he-tla) /hit oneself/ Leiketsi la ho setla: ho ikotla ka lebaka la ho koata
haholo. (mm. boitshetlo, tshetlano, setlana, tshetlo, setloa, setlile, setliloe, mosetli).
Itshetla (its-he-tla) /to eat nicely/ Ho ja ha monate haholo; ho koenya ka bongata
sejo se monate. (bap. Nyofa).
Itshetleha (its-he-tle-ha) /lean against/ Leiketsi la ho tshetleha: ho ema ka ho ba
mabapi le lebota kapa ntho e emeng. (mm. boitshetleho, tshetleho, tshetlehile,
tshetlehiloe, tshetlehoa).
Itshidisa (its-hi-di-sa) /console oneself/ Leiketsi la ho tshidisa: ho ikgothatsa ka
mora ho lahleheloa kapa ho hlaheloa ke bohloko. (mm. boitshidiso, tshidisano,
tshidisana, tshidiso, tshidisoa, tshidisitse, tshidisitsoe, matshidiso, motshedisi).
Itshihlolla (its-hi-hlul-la) /to conceive/ Leiketsi la ho sihlolla: ho ba le ngoana ka
mora kemaro; ho fumana lekgabunyane nakong ya ho beleha. (mm. boitshihlollo,
tshihlollo, sihlollela, tshihlollelo, sihlolloa, sihlollotse, sihlollotsoe, moitshihlolli).
Itshira (its-hi-ra) /obstruct oneself/ Leiketsi la ho tshira: ho sitisa pono bakeng sa
bowena; ho itlhokisa ponahalo e phethahetseng. (mm. boitshiro, tshiro, tshirana,
tshirano, tshirile, tshiriloe, tshiruha, tshiruho).
Itshireletsa (its-hi-re-le-tsa) /protect oneself/ Leiketsi la ho tshireletsa: ho ipeha
boemong ba ho loantsha tlhaselo kgahlanong le bowena; ho itoanela ka ho netefatsa
tshireletso ya hao. (mm. boitshireletso, tshireletso, tshireletsana, tshireletsano,
tshireleditse, tshireleditsoe, motshireletsi, moitshireletsi.)
Itshita (its-hit-a) /overweight/ Leiketsi la ho sita: ho ba boemong le sebopeho sa
botenya bo boholo. (mm. boitshito, mosito, tshito, sitoa, sitile, sitiloe).
Itshiteloa (its-hit-el-wa) /sin for oneself/ Leiketsi la ho siteloa: ho etsa sebe
kgahlanong le bowena; ho iketsetsa diphoso. (mm. boitshitelo, tshitelo, tshitelano,
sitelana, sitelane, sitetse, sitetsoe, mositui).
Itshitisa (its-hit-is-a) /hinder, hamper oneself/ Leiketsi la ho sitisa: ho baka boemo
kapa seemo se kgahlanong le se tlamehang ho phethoa. (mm. boitshitiso, tshitiso,
tshitiseho, tshitisano, sitisana, sitiseha, sitisoa, sitisitse, sitisitsoe, mositisi).
Itshoabela (its-hwa-be-la) /ashamed of oneself/ Leiketsi la ho soabela: ho bua dipuo
tse ka etsang hore o soabe; ho etsa diketso tse bakang hore o tlale masoabi. (mm.
boitshoabelo, tshoabelo, soabeloa, soabelana, tshoabelano, soabile, masoabi).
Itshoabisa (its-hwa-bi-sa) /shame oneself/ Leiketsi la ho soabisa: ho iphoqa ka ho
etsa diketso tse tlontlollang bowena. (mm. boitshoabiso, tshoabiso, soabisoa, soabile,
tshoabeho, soabisitse, soabisitsoe).
Itshoantsha (its-hwa-nts-ha) /imitate something or someone/ Leiketsi la ho
tshoantsha: ho iketsa seo oseng sona. (mm. boitshoantsho, tshoantshiso, tshoantshisa,
tshoantshoa, tshoantshitse, tshaontshitsoe, setshoantsho, moitshoantshi).
Itshoara (its-hwa-ra) /touch oneself/ Leiketsi la ho tshoara: ho ikama setho seseng
sa mmele; ho ithetsa karolo enngwe ya mmele. (mm. boitshoaro, tshoaro, tshoarana,
tshoarano, tshoere, tshoeroe, motshoari, motshoaruwa).
Itshoara (its-hwa-ra) /control oneself, abstain/ Leiketsi la ho tshoara: ho ipeha
boemong ba ho laola maikutlo a hao ka ho thibela seo o batlang ho se etsa. (mm.
boitshoaro, tshoaro, tshoarana, tshoarano, tshoere, tshoareletsa, tshoareletso,
tshoeroe, motshoari, motshoaruwa).
172
173
Itshoarella (its-hwa-rel-la) /hold firm/ Leiketsi la ho tshoarella: ho iteketletsa ka
thata hodima ntho e itseng ho phema ho wa kapa ho dieloa. (mm. boitshoarello,
tshoarello, tshoarelletse, tshoarelletsoe).
Itshoarisa (its-hwa-ri-sa) /imprison, expose oneself/ Leiketsi la ho tshoarisa: ho etsa
diketso tse lebisang tshoarong ya hao. (mm. boitshoariso, tshoariso, tshoarisano,
tshoarisana, tshoarisitse, tshoarisitsoe).
Itshoedisa (its-hwe-di-sa) /pretend to spit/ Leiketsi la ho tshoedisa: ho etsa eka o wa
tshoela empa ho se joalo. (mm. boitshoediso, tshoediso, tshoedisano, tshoedisana,
tshoedisitse, tshoedisitsoe).
Itshoehlisa (its-hwe-hli-sa) /dirty oneself/ Leiketsi la ho tshoehlisa: ho ipakela
ditshila meleng wa hao ka bowena. (mm. boitshoehliso, tshoehlisano, tshoehlisana,
tshoehlisitse, tshoehlisitsoe, tshoehlisoa).
Itshoenya (its-hwen-ya) /trouble oneself/ Leiketsi la ho tshoenya: ho nka matsapa a
ho etsa ketso e itseng le ha ho sa hlokahale; ho etsa se hlokang thuso. (mm.
boitshoenyo, tshoenyo, tshoenyoa, tshoenyeho, tshoenyeha, tshoenyana, tshoenyano,
tshoentse, tshoentsoe, matshoenyeho).
Itshohlometsa (its-hu-hlu-me-tsa) /to interrupt/ Ho kena feela ntle le ho joetsoa; ho
bua ntle le ho fuwa sebaka. Leiketsi la ho sohlometsa. (mm. boitshohlometso,
tshohlometso, sohlometsoa, sohlomeditse, sohlomeditsoe, moitshohlometsi).
Itshokodisa (its-hu-ku-di-sa) /strife, bother oneself/ Leiketsi la ho sokodisa: ho
ipeha boemong ba ho sokola ka bowena; ho etsa ketso e kekeng ya tsoela molemo ka
ho ikenya ho yona. (mm. boitshokodiso, tshokodiso, tshokolo, sokodisitse,
sokodisitsoe, sokodisoa, tshokodisano, sokodisana, sokotse, sokoleha, tshokoleho).
Itshokolela (its-hu-ku-le-la) /struggle by oneself/ Leiketsi la ho sokolela; ho ipatlela
ditlhoko tsa bophelo ka bowena ntle le ho thusoa; ho ikgoabitlella kapa ho iketsetsa
dintho tse batloang. (mm. boitshokolelo, tshokolelo, tshokolo, sokoleloa, sokoletse,
sokoletsoe, mosokodi).
Itsholela (its-hu-le-la) /provide food for oneself/ Leiketsi la ho tsholela: ho ipha dijo
ntle le ho etsetsoa joalo. (mm. boitsholelo, tsholo, tsholelo, tsholela, tsholetse,
tsholetsoe, tshotse, tshotsoe).
Itshosa (its-hu-sa) /scare oneself/ Leiketsi la ho tshosa: ho ipeha boemong bo ka
bakang hore letsoalo le be teng ka bowena. (mm. boitshoso, tshoso, tshosoa,
tshosana, tshosano, tshositse, tshositsoe, tshohile, letshoho, setshosa, tshosane).
Itshosetsa (ist-hu-se-tsa) // Leiketsi la ho tshosetsa: ho etsa diketso joalo ka ha eka o
wa tseba empa o sa tsebe letho; ho iketsa tsebanyane empa ho se joalo. (mm.
boitshosetso, tshosetso, tshosetsoa, tshoseditse, tshoseditsoe, moitshosetsi, tshosane).
Itshotetsa (its-hot-ets-a) /approach by oneself/ Leiketsi la ho sotetsa: ho ikatametsa
pela ntho kapa motho ka bowena. (mm. boitshotetso, tshotetso, tshotetsi, sotetsoa,
soteditse, soteditsoe, mosotedi).
Itshotha (its-hot-ha) /distort oneself/ Leiketsi la ho sotha: ho ipelekanya setho
seseng sa mmele ha bohloko. (mm. boitshotho, tshotheho, tshotho, sothoa, sothehile,
tshotheho, sotheha, sothile, sothiloe).
Itshotla (its-hu-tla) /trouble oneself/ Leiketsi la ho sotla: ho ipeha boemong ba
tshotleho ka bowena; ho etsa diketso tse ngongorehisang bowena. (mm. boitshotlo,
tshotlo, sotloa, tshotleho, sotleha, tshotlehiso, sotlehisa, sotlehile, mosotli,
moitshotli).
Itshunyatshunya (its-hun-yats-hun-ya) /interfere, intrude, meddle/ Ho kena ditaba
tse sa amaneng le wena; ho rata ditaba tse sa o ameng; ho ba teng moo o sa
173
174
hlokahaleng. Leiketsi la ho sunyasunya. (mm. boitshunyatshunyo, tshunyatshunyo,
sunyasunyoa, sunyasunyile, moitshunyatshunyi).
Itshupa (its-hup-a) /prove oneself/ Leiketsi la ho supa: ho ipontshahatsa hore wena o
mang, wa hokae, joang. (mm. boitshupo, tshupo, tshupano, supana, supile, supiloe,
supjoa, supisa, tshupiso, supisoa, lesupa, lesupi).
Itshuwa (its-hu-wa) /to tame oneself/ Leiketsi la ho suwa: ho etsa diketso tse bakang
hore o thape o felloe ke bohale ka bowena. (mm. boitshuwo, tshuwo, tshuwano,
suwana, suwile, suwiloe, suwisa, suwisisa, tshuwiso, mosuwi) .
Itsipa (its-ip-a) /sting oneself/ Leiketsi la ho tsipa: ho ikenya lenala mmeleng kapa
sethong seseng sa ona. (mm. boitsipo, tsipano, tsipana, tsipo, tsipile, tsipiloe, tsitjoa,
matsipane, matsipatsipane).
Itsitsinya (its-its-in-ya) /shake, quake, move oneself/ Leiketsi la ho tsitsinya: ho
hlekehla le ho thothometsa mmele ka bowena. (mm. boitsitsinyo, tsitsinyeho,
tsitsinyeha, tsitsinyoa, tsitsintse, tsitsintsoe, moitsitsinyi).
Itsitsinya (its-its-in-ya) /to dance, jive/ Ho thothometsa mmele bakeng sa mmino
kapa diletsa tsa mmino; ho choachoasedisa mmele bakeng sa mmino.
Itsukunya (its-u-kun-ya) /to brush teeth/ Ho hlatsoa meno ka ho tsitsinya metsi le
sesepa sa meno ka hanong. Leiketsi la ho tsukunya. (mm. boitsukunyo, tsukunyo,
tsukunyoa, tsukuntse, tsukuntsoe, setsukunyi).
Itsukutla (its-u-ku-tla) /bump, quake, sway oneself/ Ho itsitsinya ka tsela ya ho se
qenehele mmele; ho choachoasela bakeng sa mmino ka tsela ya ho sothaka mmele
haholo. Leiketsi la ho tsukutla. (bap. itsitsinya, tsitsinya) (mm. boitsukutlo,
tshukutlo, tsukutleho, tsukutleha, tsukutloa, tsukutlile, tsukutliloe, moitsukutli) .
Itumisa (it-u-mi-sa) /glorify, renown, reputate oneself/ Leiketsi la ho tumisa: ho
etsa hore o tsejoe naha ka bophara ka ho etsa diketso tse ntle; ho itsebahatsa lefatshe
ka bophara. (mm. boitumiso, botumi, setumo, tumisoa, tumme, motumi)
Itutula (it-ut-ul-a) /asshole cleansing/ Leiketsi la ho tutula: ho ithusa ho ritama kapa
ho tlosa masalla a masepa lesobeng la dibono. (mm. boitutulo, tutulo, tutulano,
tutulana, tutudiso, tutudisoa, tututse, tututsoe, tutuloa, setutula).
Iu (i-u) /exclamation: go!/ Lekgotsa le sebedisoang bakeng sa ho joetsa dimathi hore
di tlohe hanghang sebakeng sa ho qala lebelo.
Iyo (i-yo!) /exclamation: unbelievable!/ Lekgotsa le bontshang ho makalla ketso e
makatsang; lentsoe le sebedisoang ke motho ya makaletseng boemo bo tshosang kapa
bo makatsang. Tem. Lekgotsa lena, “iyo”, le sebedisoa haholo ke batho ba mabalane
kapa metseng ya ditoropo. Hape le sebedisoa ke mefuta e mengata ya batho ba batsho
ntle le Basotho.
174
175
Jjj
PALE:
Tlhaku ya leshome (10) ya Sesotho. Yona e akga ka maetsi le mareho a tloahelehileng
a puo ya Sesotho. Bongata ba maetsi a tlhaku yena a fetohela ho “T” ha a isoa
marehong/mabitsong. Mohlala: jala=tjalo, jeha=tjeho, jabela=tjabelo, jesa=tjeso,
jara=tjaro, jethemisa=tjethemiso, jalletsa=tjalletso, jj.
J (jei) /jei/.
Ja (ja) /eat/ Ho kenya sejo ka molomong, ho se hlafuna le ho se koenya. Tem. Ho ja
ho akga diketsahalo tse mmaloa tse akgang ho lahlela ka hanong, ho hlafuna le ho
koenya. Mael. Moja morao o tshoana le moja pele: motho ya jeleng morao o tla
kgora joalo ka ya jeleng pejana. Se setle se etsahetseng ho emong pejana se tla
etsahala ho emong hamorao. Mael. Ho ja sa mpana phahloha: ho ja hofeta tekanyo.
Ho ja haholo. Mael. Ho ja monakaladi wa kebolela: ho dula le ho phomola ha monate
ntle le mosebetsi o boima. Ho roba monakedi. Mael. Ha a di hadikela ho di ja: o etsa
ntho tse sa tloaelehang kapa tsa mahlanya. Mael. Motsamai o ja noha: motho ya
leetong ya lapileng o ja eng kapa eng eo a e fuwang kapa eo a kopanang le yona. Ya
lapileng o ja tsohle. Mael. Ho ja tsuo: ho jalletsa motho emong.
Jabela (ja-bel-a) /to clab/ Ho otla ka bohare ba letsoho; ho natha ka mpama.
Jabelaka (ja-be-la-ka) /clab repeatly/ Phetako ya ho jabela.
Jabelana (ja-be-la-na) /clab each other/ Ketsetsano ya ho jabela.
Jabeloa (ja-be-lwa) // Boetsuwa ba ho jabela.
Jabetse (ja-be-tse) // Bokgale ba ho jabela.
Jabetsoe (ja-bets-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho jabela.
Jadile (ja-di-le) // Bokgale ba ho jala.
Jadiloe (ja-di-lwe) // Boetsuwa le bokgale ba ho jala.
Jaha (ja-ha) /speed/ Ho tsamaya ka pele; ho bontsha potlako ka ho tsamaya ka pele.
Jahella (ja-hel-la) /speed after/ Ho tsamaya ka pele ka mora ntho kapa motho.
Jahile (ja-hi-le) // Bokgale ba ho jaha.
Jahisa (ja-hi-sa) /to hurry/ Ketsiso ya ho jaha: ho etsa ntho kapa motho a jahe.
Jahisoa (ja-hi-swa) /sped/ Boetsuwa ba ho jaha. (mm. Jahiswa).
Jaka (ja-ka) /sojourn/ Ho etela sebaka nakoana; ho dula sebakeng nako e nyane.
Jaka (ja-ka) /hire/ Ho lefella chelete bakeng sa bodulo; ho dula sebakeng ka tefo. Ho
ba mojaki. Tlh. Batho ba bangata ba sothofatsa lentsoe la senyesemane, “hire” ba le
bitse “hirile” kapa ho “hira”.
Jakile (ja-ki-le) // Bokgale ba ho jaka.
Jakisa (ja-ki-sa) // Ketsiso ya ho jaka: ho etsa hore ntho kapa motho a jake.
Jakisoa (ja-ki-swa) // Boetsuwa ba ho jaka.
Jakobo (ja-ko-bo) /james/ Buka ya leshome le metso e mmedi (12) ya bibele
testamenteng e ncha. Tem. Ha ho tsebahale hantle hobaneng lebitso lena, “james” le
sothofaditsoe ho “jakobo” ha sothofatso ya lebitso “jacob” le yona e le “jakobo”.
Tebello e ne e le hore sothofatso ya “james” ekaba “jamese”, eseng “jakobo”.
Jala (ja-la) /to plant, germinate/ Ho kenya peo mobung ka sepheo sa hore e etse
sejalo kapa semela; ho lema sejalo ka ho tsetela peo.
175
176
Jalajala (//) /defame, spread gossip/ Ho bua ka lebitso la motho emong hampe,
hohle hohle; ho tsamaisa le ho hasa leshano.
Jalajetse (ja-la-je-tse) // Bokgale ba ho jalajala.
Jalla (jal-la) // Ketsetso ya ho jala.
Jalleditse (jal-le-di-tse) /cheated/ Bokgale ba ho jalletsa.
Jalleditsoe (jal-le-di-tswe) /cheated/ Boetsuwa le bokgale ba ho jalletsa.
Jalletsa (jal-le-tsa) /to cheat/ Ho qhekanyetsa ka ketso kapa puo.
Jalletse (jal-le-tse) // Ketsetso ya ho jalla: ho jala bakeng sa.
Jalletsoa (jal-lets-wa) /cheated/ Boetsuwa ba ho jalletsa.
Jana (ja-na) /eat each other/ Ketsetsano ya ho ja. Mael. Tsie di jana seropong: ntoa
kapa diqhoebeshano e ka ba tsa lelapa kapa batho ba dulang mmoho
Jara (ja-ra) /load over/ Ho beha moroalo lehetleng; ho pepa ntho e boima mahetleng.
Jarela (ja-re-la) // Ketsetso ya ho jara, kapa ho nkela motho emong boima ba hae.
Jarella (ja-rel-la) /persevere/ Ho mamella bohloko kapa boima.
Jarile (ja-ri-le) // Bokgale ba ho jara.
Jariloe (ja-ri-lwe) // Boetsuwa ba ho jara.
Jarisa (ja-ri-sa) // Ketsiso ya ho jara.
Jarisana (ja-ri-sa-na) // Ketsetsano ya ho jara.
Jarolla (ja-rul-la) /off load/ Ketsollo ya ho jara: ho beha moroalo fatshe.
Jarolloa (ja-rul-lwa) // Boetsuwa ba ho jarolla.
Jase (ja-se) // Baki e kgolo; seaparo se seholo se fihlang tlasa magoele. /Bon. dijase/
Jea (je-a) /edible/ Ketsahalo ya ho jeha: e koenyehang, e hlafunehang, e latsoehang.
Jeha (je-ha) /edible, eatable/ Ketsahalo ya ho jeha: e koenyehang, e hlafunehang.
Jehofa (je-haw-fa) /Jehovah/ Tlhaloso ya Modimo ho ya ka Seheberu; Mmopi wa
lefatshe le batho le tsohle tse hlodiloeng ka bophara ba lefatshe. /bon. 0/. Mabitso a
Modimo: Jehofa KeNna (Jehovah I Am). Jehofa Mmopi Ya Matla Ohle (Jehovah
Elohim, Adonai) ho ya ka buka ya bibele ya Genese, 1:1, Dipesalema 19:1 mmoho le
Malakia 1:6; Jehofa Rabosafeleng (Jehovah EL elyon) ho ya ka buka ya bibele ya
Isaiah 14:13-14 le Genese 14:17; Jehofa Ya Bonang (Jehovah El Roi) ho ya ka buka
ya bibele ya Genese 16:13; Jehofa Ya Matla Ohle (Jehovah El Shaddai) ho ya ka
buka ya bibele ya Genese 17:1 mmoho le Dipesalema 91:1; Jehofa Mothusi (Jehovah
Ezer) ho ya ka buka ya Baheberu 13:16; Jehofa Mofi/Mofani (Jehovah Jireh) ho ya
ka buka ya bibele ya Genese 22:13-14; Jehofa Mofodisi/Mooko (Jehovah Rapha) ho
ya ka buka ya bibele ya Genese 15:26; Jehofa Modisa-Mmoloki (Jehovah Roi) ho
ya ka buka ya bibele ya Dipesalema 23:1; Jehofa wa Makgotla (Jehovah Sabaoth)
ho ya ka buka ya bibele ya Isaiah 6:13-14; Jehofa wa Tokafatso (Jehovah
Mekeddeshem) ho ya ka buka ya bibele ya Exodus 31:13; Jehofa Sesupo (Jehovah
Nissi) ho ya ka buka ya bibele ya Exodus 17:15; Jehofa wa Khotso (Jehovah
Shalom) ho ya ka buka ya bibele ya Baahlodi 6:24; Jehofa Rabosafeleng (El Olam)
ho ya ka buka ya bibele ya Isaiah 40:28-31; Jehofa Raboteng (Jehovah Shammah) ho
ya ka buka ya bibele ya Ezekiele 48:35; Jehofa wa Puseletso (Jehovah Gmolah) ho
ya ka buka ya bibele ya Jeremia 51:6; Jehofa wa Tokafalo (Jehovah Tsidkenu) ho ya
ka buka ya bibele ya Jeremia 23:6. (bap. badimo).
Jele (ji-le) /ate/ Bokgale ba ho ja. Mael. Naha e jele boya: kotsi di hohle naheng;
botlokotsebe bo tletse kapa bo atile naha yohle. Mael. Metsotso e jele babedi: nako e
ile; nako e tsamaile haholo; nako e se e re sihile haholo. Mael. Ho aha serobe phiri e
se e jele: ho etsa ketso e itseng nako e se e tsamaile ebile ho se ho senyehile. Ho
elelloa boemo bo itseng ba bohlokoa ho se ho se na thuso. Ho elelloa kgale.
Jeloe (ji-lwe) (jelwe) /eaten/ Boetsuwa le bokgale ba ho ja. (bap. jewe). (mm. jelwe).
176
177
Jeme (je-me) /jam/ Mofuta wa sejo sa motsoako wa ditholoana o tsoekere, o
latsoehang ha monate, o matheketheke. /bon. dijeme/.
Jeremane (je-re-ma-ne)/Red-headed Finch/ Mofuta wa Nonyana e fumanoang
Lesotho le dikarolong tse ding tsa Afrika e ka Borwa; e hlooho e kgubedu, mmele o
mosoothoana le matheba a masweu a masiba. /bon. Dijeremane/.
JEREMANE
Jeremia (je-re-mia) /Jeremiah/ Buka ya bibele ya bomashome a mabedi a metso e
meraro (23) testamenteng ya kgale.
Jesa (je-sa) /feed/ Ketsiso ya ho ja: ho etsa hore motho a koenye kapa a hlafune sejo.
Jesa (je-sa) /generous/ E fanang; ya etsang dintho ka bolokolohi, ya seng lekgonatha;
ya fanang ha bobebe. Mohl. Re utloa ba re Motlatsi Mochochoko o wa jesa ka
mmino. Baroetsana ba rata monna ya jesang.
Jesana (je-sa-na) // Ketsetsano ya ho jesa.
Jesu (je-su) /Jesus/ Mora Modimo ya shoetseng baetsadibe safapanong; eo ba
dumelang ho Yena ba tla fumanang bophelo bo sa feleng; eo ho thakgisoa hoa hae ho
itshetlehileng leratong la batho bohle. Eo a kgonang ho lopolla bohle bokgobeng ba
sebe, lefu, bokudi le tsohle tse mpe. /bon. Jesu/.
Jethe (jet-he) /exclamation: sudden jumping!/ Lekgotsa le bontshang ho tlola kapa
ho jethema hanghang; lentsoe le bontshang ho tlola moeng.
Jethema (jet-him-a) /jump downward/ Ho tlola kapa ho isa mmele ho tloha hodimo
ho ya tlase ka ho sebedisa maoto; ho qhothoma ka ho tlolela fatshe. (bap. qhothoma).
Jethemela (jet-him-el-a) /jump towards/ Ketsetso ya ho jethema.
Jethemisa (jet-him-is-a) /cause to jump/ Ketsiso ya ho jethema.
Jethoha (jet-hu-ha) /alight, disembark, get off/ Ho theoha ho se kalangoeng; ho
tloha ka hodima se kalletsoeng; ho kalamolla.
Jethohile (jet-hu-hi-le) /disembarked/ Bokgale ba ho jethoha.
Jethoho (jet-hu-haw) /alighting, disembarkment/ Ketso ya ho theoha kapa ho
theoha sepalangoang; mokgoa wa ho tloha ka hodimo ho se kalletsoeng. Kalamollo.
Jewa (je-wa) /eaten/ Boetsuwa ba ho ja. (bap. Kalamollo). (mm. Jeoa). Mael.
Marabe o jewa ke bana: ebang ho na le dijo tse nyane tse setseng lapeng, batsoadi ba
tla di tella bana ba bona ho di arolelana. (mm. Jeoa).
Jewe (je-we) /eaten/ Boetsuwa le bokgale ba ho ja. (bap. jelwe). (mm. Jeoe).
Jini (ji-ni) /gin/ Mofuta wa joala bo hloekileng ka chebeho, bo bohale haholo.
Joala (jwa-la) (jwala) /alcohol/ Seno se bohale sa tomoso le mmela se noelloang ho
tawa kapa ho ithabisa. Seno se tawang. Seno sa letawa. /bon. majoala/ (mm.
majwala).
Joale (jwa-le) (jwale) /now/ Ka sona sebaka sena; nako yona ena; eseng hosane kapa
maobane; eseng nako e fitileng kapa e tlang; hona tjena. Tem. Basotho ba mabalane
ba rata ho sebedisa lentsoe, “jwanong” bakeng sa “joale” le ha lentsoe la pele e le la
puo ya Setswana. (mm. jwanong).
Joalo (jwa-lo) /like that/ Lesupa le bontshang tsela eo ntho kapa ketso e tlamehang
ho etsahala ka yona; mokgoa wa ho etsa ntho e itseng. (mm. jwalo).
177
178
Joalojoalo (jwa-lo-jwa-lo) /so on and so forth, etc, etc/ Ka tsela e tjena le e latelang
e tshoanang le yona; ka mokgoa omong o tshoanang kapa o bapelaneng le o
boleloang. (mm. jwalo jwalo, joalo-joalo).
Joana (jwa-ana) /like this/ Ka tsela e boleloang; ka mokgoa o hlalosoang kapa o
bontshang ketsahalo kapa ketso. (bap. tjena) (mm. jwana).
Joang (jwa-ng) (jwang) /how?/ Lebotsa le batlang ho tseba tsela eo ketso e
etsahalang ka yona; lentsoe le batlang ho tseba kamoo ketsahalo e etsahalang ka teng.
Joang (jwa-ng) (jwang) /grass/ Semela ka kakaretso se sa qolloe ka ho se bitsa ka
lebitso; semela se ka sebedisoang joalo ka sejo sa phoofolo, moriana kapa ho etsa
ntho e itseng. /bon. Majoang/.
Joang-joang (jwa-ng-jwa-ng) /somehow/ Ka tsela e itseng; ka mokgoa o itseng; ka
sebopeho se itseng.
Joaqa (jwa-qa) /exclamation: stick cutting/ Lekgotsa le bontshang modumo wa
thupa e ommeng e kgaoloang kapa e robehang hanghang.
Joaqatsa (jwa-qa-tsa) /to cut a dry stick/ Ho roba thupa e ommeng; ho kgaola lekala
la sefate le ommeng.
Jobo (jaw-baw) /Job/ Buka ya bibele ya leshome le metso e robedi (18) testamenteng
ya kgale, e lateloang ke Buka ya Dipesaleme.
Joele (ju-we-le) /Joel/ Buka ya bibele ya bomashome a mabedi a metso e robong (29)
testamenteng ya kgale e tlang ka mora buka ya Hosea, e lateloe ke Buka ya Amose.
Joetsa (jwe-tsa) /tell, relate to/ Ho bolella motho taba; ho hlalosetsa ketsahalo kapa
polelo. Mael. Ho joetsa sefahlamahlo: ho bolella motho taba ka ho mo toba ntle le
tshabo.
Johanne (jaw-han-ne) /John/ Buka ya bone (4) ya bibele testamenteng e ncha.
Johanne 1 (jaw-han-ne) /John 1/ Buka ya bomashome a mabedi le metso e meraro
(23) ya bibele testamenteng e ncha.
Johanne 2 (jaw-han-ne) /John 2/ Buka ya bomashome a mabedi le metso e mene (24)
ya bibele testamenteng e ncha.
Johanne 3 (jaw-han-ne) /John 3/ Buka ya bomashome a mabedi le metso e mehlano
(25) ya bibele testamenteng e ncha.
Joko (jo-ko) /yoke/ Lefatsa le betliloeng hantle ho sebedisoa bakeng sa ho pana
dikgomo ho hula ntho e itseng e boima; lekala la sefate le leholo, le betliloeng, le
bewang molaleng wa diphoofolo tse itseng ka ho di pana bakeng sa ho hula moroalo.
Jonase (jaw-na-si) /Jonah/ Buka ya bibele ya bomashome a mararo a metso e mmedi
(32) testamenteng ya kgale e tlang ka mora Buka ya Obadia.
Jonna (jon-na) /exclamation: poor me! Oh no!/ Lekgotsa le bontshang ho tshosoa
ke ketsahalo e itseng e tshosang; lentsoe le sebedisoang ho bontsha ho tshoha.
Jonna-we (jon-na-we) /exclamation: please, don‟t!/ Lekgotsa le sebedisoang ke
motho ya hlokofatsoang ho bontsha hore moetsi a emise ka ketso ya hae.
Jonnanna (jon-nan-na) /exclamation: poor me/ Lekgotsa le bontshang bohloko ka
ho hoeletsa ke moetsuwa. Lentsoe le bontshang khoeletso bakeng sa ho utloa bohloko.
Jonnanna-we (jon-nan-na-we) /exclamation: poor me, please!/ Lekgotsa le
sebedisoang ke motho ya hlokofatsoang ho bontsha hore moetsi a emise ka ketso ya
hae; lentsoe le sebedisoang ho hoeletsa ka baka la bohloko bo utloang ke moetsuwa.
Joo (jo-oo) /exclamation: poor me!/ Lekgotsa le sebedisoang ho bontsha ho makala
kapa ho makalla ketsahalo e itseng; lentsoe le sebedisoang bakeng sa ho tshosoa ke
ketsahalo e itseng. (bap. jonna-we!).
Joshua (jo-shu-a) /Joshua/ Buka ya botshelela (6) ya bibele testamenteng ya kgale e
tlang ka mora Deuteronoma, a lateloe ke buka ya Baahlodi.
178
179
Jowe (jo-we!) /exclamation: help me please!/ Lekgotsa le bontshang hore se
etsahalang se a tshosa kapa se bohloko. Lentsoe le sebedisoang ke moetsuwa, a
hoeletsa ho bontsha bohloko kapa letsoalo la ketsahalo e itseng. (bap. jonna, joo).
Jowe (ju-we) /eaten/ Boetsuwa ba ho ja.
Jowe (ju-we) /defeated/ Hoa papadi kapa tlhodisano: ho hloloa ke sehlopa seseng
kapa motho emong.
Juda (ju-ta) /jude/ Buka ya bomashome a mabedi le metso e tsheletseng (26) ya
bibele testamenteng e ncha.
179
180
Kkk
PALE:
Tlhaku ya leshome le motso o lemong (11) ya puo ya Sesotho. Ke e nngwe ya ditlhaku
tse nang le mantsoe a mangatahadi a puo ya Sesotho. E akga ka mareho, maetsi,
maemedi le mekgabo emeng ya Sesotho. Maetsi a qalang ka tlhaku ena ona a
sebedisa yona tlhaku ena ha eba mareho. Mohlala: kapa=kapo, kena=keno,
kwala=kwalo, kolotisa=kolotiso, kupetsa=kupetso, kalama=kalamo, kopa=kopo, jj.
Tlhokomediso: ka Sesotho sa Lesotho, tlhaku ena e lateloa ke “H” mantsoeng a
mangatanyana jwalo ka: khomo, khaba, khiba, khothatsa, khona, jwalo jwalo. Ha ka
Sesotho sa Afrika Borwa e lateloa ke “G” mantsoeng a mangatanyana jwalo ka:
kgomo, kgaba, kgiba, kgothatsa, kgona, jwalo jwalo. Empa ha ngatanyana moo eleng
setlamo hore e latelloe ke “H” ke ha e reofatsa leetsi/maetsi a qalang ka “H” jwalo
ka: hela=khelo, hiba=khibo, hemesela=khemeselo, hola=kholo, hodisa=khodiso,
hulaka=khulako, jwalo jwalo.
K (khei) /kay/.
Ka (ka) /personal pronoun “I”/ Seemedi se sebedisoang bakeng sa motho a le ka
bonngweng nakong e fetileng. Mohl. Ka tsamaya. Ka bona. Ka nyakalla. (bap. ke).
Ka (ka) /preposition: with/ Lebopi: lentsoe le bopang polelo ka ho hokela lentsoe
qalong ya lona ho fana ka moelelo o phethahetseng kapa o tletseng. Ka molamu ona.
Ka boraro ba lona. Ka matla ohle. Ka boikgantsho.
Ka (ka) (ka mora hore) /preposition: after/ Lebopi le bontshang se etsahalang ha ho
feta ketsahalo e itseng ebile le lateloa ke lentsoe “mora” hangata. Mohl. Ka mora
hore ba tsamaye, ra sala re ithuta hohong ka bona.
Ka (ka) // Lethusi le nepahatsang moelelo wa lekgethi kapa lehlalosi. Mohl. Ka
boomo. Ka nnete.
Ka (ka) /with, by/ Mohl. Ke mo otlile ka molamu. Ke sebeditse ka mochini o
moholo. Ke rata ho bua ka puo ya Sesotho.
Ka (ka) /about/ Lebopi le bontshang kamano le seo ho buuwang ka sona. Mohl. O
bua ka eng monna heso? Hobaneng o bua ka Thabo kajeno? Che ke kgotsofetse ha o
mpha tlhaloso ka thuto ena.
Kabasa (ka-ba-sa) /dominate, reign, preside/ Ho laola ka baka la ho tshajoa; ho
laola ka lebaka la bonatla kapa dikgoka; ho ba ka sehlohlolong ka lebaka la boemo
kapa boetapele. (bap. lekabasa).
Kabaso (ka-ba-so) /domination, dominance/ Ketso ya ho kabasa: taolo ka lebaka la
ho tshajoa; ho laola ka lebaka la bonatla kapa dikgoka; boemo ba ho ba ka
sehlohlolong ka baka la boemo kapa boetapele.
Kabela (ka-be-la) /thwack/ Ho natha, shapa kapa ho otla ha bohloko ka thupa e
ommeng; ho natha ka ntho e thata e ommeng.
Kabela-manong (ka-be-la-ma-no-ng) // Seo ka lebaka la tlhaho, seemo kapa
sebopeho sa sona se tlamehang ho lebana le mathata; motho eo ho dumeloang hore o
lokeloa ke mathata. Mael. Ngoana moshanyana ke kabeloa manong: motho e motona
o lokeloa ke ho fuwa mathata ohle le ha ho sa kgonahale.
180
181
Kabelana (ka-be-la-na) // Ketsetsano ya ho kabela: ho kabela emong mme le yena a
kabele ya mo kabelang.
Kabelano (ka-be-la-naw) /sharing, allotment/ Ketso ya ho abelana: ho arolelana
kapa ho fana ka ho lekana pakeng tsa batho ba fetang bonngwe.
Kabelo (ka-be-law) /allotment, allowance, proportion/ Ketso ya ho aba: boemo ba
ho fa karolo, moputso kapa mpho ka ho lekana; ho arolela ka ho lekana.
Kabelo (ka-be-law) /destiny, fate/ Ketsahalo e tlang ho etsahala ho motho ho ratoa
kapa ho sa ratoe; se etsahalang ntle le boikgethelo; boemo ba ketsahalo ya dintho e sa
reroang ke motho, empa e susumetso ke tlholeho. Mohl. Ebe ke nnete hore lenyalo ke
kabelo? Che, ha ke dumele hore ho sotleha ke kabelo.
Kabeloa (ka-be-lwa) // Boetsuwa ba ho kabela.
Kabetse (ka-be-tse) // Bokgale ba ho kabela.
Kabetsoe (ka-bets-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho kabela.
Kadile (ka-di-le) /measured/ Bokgale ba ho kala.
Kadiloe (ka-di-lwe) /measured/ Boetsuwa le bokgale ba ho kala. (mm. Kadilwe).
Kadima (ka-di-ma) /borrow/ Ho fa ka sepheo sa ho kgutlisetsoa ka mora nakoana;
ho neha motho seo a se hlokang nakoana. Mael. Ho kadima tsebe: ho mamela.
Kadimo (ka-di-maw) /borrowing/ Ketso ya ho kadima: tloaelo ya ho fa ka sepheo sa
ho kgutlisetsoa ka mora nakoana; ho neha motho seo a se hlokang nakoana.
Kabo (ka-baw) /sharing/ Ketso ya ho aba: ho arola ka ho fa emong le emong.
Kae (ka-e) /where/ Lebotsa le batlang ho tseba sebaka seo ho buuwang ka sona;
lentsoe le sebedisoang ho botsa ka ho batla sebaka seo ho buuwang ka sona.
Kaekae (ka-e-ka-e) /somewhere/ Sebaka seo ho buuwang ka sona empa se sa
hlalosoe ka lebitso; sebaka se sa tsejoeng. (bap. Keakea).
Kae-kapa-kae (ka-e-ka-pa-ka-e) /anywhere/ Sebaka seo ho buuwang ka sona empa
ho sa hlalosoe lebitso la sona, se hlalosoang ka ho ba hohle. (bap. hohle).
Kae-le-kae (ka-e-le-ka-e) /everywhere/ Sebaka seo ho buuwang ka sona ka ho supa
bophara ba sona ntle le ho bitsa lebitso la sona. Hohle hohle.
Kafore (ka-fu-re) /kaffir/ Lebitso la thohako le (neng le) sebedisoang bakeng sa
motho e motsho kapa MoAfrika ya dulang Afrika Borwa ke mmuso wa kgethollo
nakong eo. /bon. dikafore/.
Kahare (ka-ha-re) /inside/ E dutseng kapa e behiloeng sebakeng se bohareng ba ntho
e itseng; eo ponahalo ya yona eseng kantle. (bap. bokahare).
Kahisano (ka-hi-sa-naw) /coexistance, neighbourhood/ Ketso ya ho ahisana: tloaelo
ya ho dula mmoho; mokgoa wa ho ba sebakeng seleseng; ho phela kapa ho phedisana
mmoho. (bap. boahisane).
Kaho (ka-haw) /building/ Ketso ya ho aha: ho etsa moaho o phahame; ho etsa hore
ntlo kapa sebaka se be le tshobotsi ka ho aha. (bap. moaho).
Kahodimo (ka-ho-di-mu) /above, on top, at the top/ E ka lehlakoreng le hodimo: e
boemong ba nqa ya bophahamo; e bapelaneng le ka tlase. (bap. Hodimo). Tlh.
Hangata lentsoe lena “kahodimo” le arohangoa ho ya ka tshebediso.
Kahoo (ka-ho-u) /therefore, hence/ Ka lebaka leo; ka tsela eo; ka mokgoa oo.
Kajeno (ka-je-nu) /today/ Letsatsi la hona joale; letsatsi le latelang maobane; nako e
tla latela ya hosane. (bap. kamoso, kasheko). Tlh. lentsoe le nepahetseng ke
“kajeno” hofeta “kasheko” le ha batho babang ba kgetha ho sebedisa “kasheko”.
Kaka (ka-ka) /excret, shit/ Ho ntsha masepa ka sebono; ho nyela. Tlh. Llentsoe le
nepahetseng la Sesotho ke “nyela”. (bap. nyela).
Kakaladitse (ka-ka-la-di-tse) /knocked down/ Bokgale ba ho kakalatsa.
Kakaladitsoe (ka-ka-la-dits-we) /knocked down/ Boetsuwa ba ho kakalatsa.
181
182
Kakalatsa (ka-ka-la-tsa) /to knock down/ Ho dia fatshe ka ho otla ka setebele kapa
ntho e itseng; ho diela ka ho natha kapa ho mamola.
Kakalatso (ka-ka-la-tso) /knocking down/ Ketso ya ho kakalatsa: ho dia fatshe ka
ho otla ka setebele kapa ntho e itseng; ho diela ka ho natha kapa ho mamola.
Kakalatsoa (ka-ka-la-tswa) /knocked down/ Boetsuwa ba ho kakalatsa.
Kakalla (ka-kal-la) /lie down/ Ho dula fatshe ka mokokotlo; ho paqama ka
mokokotlo kapa ka ho sheba hodimo nakong ya ho robala. (bap. paqama).
Kakalletse (ka-kal-le-tse) // Bokgale ba ho kakalla.
Kakallo (ka-kal-law) /liying down/ Ketso ya ho kakalla: ho paqama ka mokokotlo
fatshe, mmele o shebile hodimo.
Kakalopa (ka-ka-lu-pa) /to wander, meander/ Ho tsamaya ntle le morero kapa
sepheo se sa bonahaleng; ho sollaka ntle le sepheo sa bohlokoa. Ho tsamaya joalo ka
sekakalope. Ho ya koana le koana.
Kakalopo (ka-ka-lu-paw) /wandering/ Ketso ya ho kakalopa kapa ho tsamaya ntle le
morero kapa sepheo sa bohloka. Motsamao le mokgoa wa sekakalope.
Kakana (ka-ka-na) /heavy dagga smoking/ Mokgoa wa ho tsuba matekoane ka ho a
hula fatshe leifong la ona ka lehlakana. /bon. dikakana/.
Kakapa (ka-ka-pa) /macho, machismo/ Motho e motona ya nang le ponahalo ya
ditshika, tshobotsi, mmele le mokgoa wa senna; motho ya nang le boiphihlelo ka ho
etsa ntho kapa ketso e itseng. /bon. Dikakapa/ (bap. kakarapa, mmampodi).
Kakarapa (ka-ka-rap-a) /superstar/ Motho ya tsebahalang lefatshe ka bophara ka
baka la mmino kapa ketso tse itseng tsa ho tuma. /bon. Dikakarapa/ Tem. “Kakapa”
le “kakarapa” ke mantsoe a mabedi a nang le meelelo e fapaneng.
Kakaretso (ka-ka-rets-o) /generalisation, conclusion/ Ketso ya ho akaretsa: ho
kgutsufatsa puo ka botlalo ka ho kenyeletsa ntlha tse itseng; ho qetella puo ka ho e
phethela ka bokgutshoanyane.
Kakasa (ka-ka-sa) /weight lift/ Ho nka ntho e boima; ho phahamisa ntho e boima.
Kakasana (ka-ka-sa-na) /lift each other/ Ketsetsano ya ho kakasa.
Kakasano (ka-ka-sa-naw) // Ketso ya ho kakasana.
Kakasitse (ka-ka-si-tse) // Bokgale ba ho kakasa.
Kakasitsoe (ka-ka-sits-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho kakasa.
Kakaso (ka-ka-saw) /weight lifting/ Ketso ya ho kakasa: ho phahamisa ntho e
boima. Tloaelo ya ho jara meroalo e boima. Mohl. Kakaso e se e le papadi e
tloaelehileng haholo metseng ya ditoropo. Mmele o matla o motle ka lebaka la ho
ikoetlisa ka kakaso.
Kakasoa (ka-ka-swa) // Boetsuwa ba ho kakasa.
Kakata (ka-ka-ta) /to severe, disfigure/ Ho otla ka ho senya tshobotsi; ho shapa ka
ho mamola. Ho mamolaka sefahleho.
Kakatana (ka-ka-ta-na) /severe each other/ Ketsetsano ya ho kakata.
Kakatano (ka-ka-ta-naw) // Ketso ya ho kakatana.
Kakatela (ka-ka-te-la) /cleave firmly/ Ho tshoara ntho tse ngata tse boima ka
letsoho, ka nako e le nngwe; ho tshoara ha boima ka seatla. (bap. kakatlela).
Kakatelo (ka-ka-te-law) // Ketso ya ho kakatela: ho tshoara ntho tse ngata tse boima
ka letsoho, ka nako e le nngwe; ho tshoara ha boima ka seatla. (bap. kakatlelo).
Kakatetse (ka-ka-te-tse) // Bokgale ba ho kakatela: e boemong ba ho tshoara ntho tse
ngata tse boima ka letsoho ka nako e le nngwe; ho tshoara ha boima ka seatla.
Kakatile (ka-ka-ti-le) /disfigured/ Bokgale ba ho kakata.
Kakatiloe (ka-ka-ti-lwe) // Bokgale le boetsuwa ba ho kakata.
182
183
Kakato (ka-ka-to) /severence, disfiguring/ Ketso ya ho kakata: kotlo ka ho senya
tshobotsi; ho shapa ka ho mamola ditho tsa mmele.
Kakatoa (ka-ka-twa) // Boetsuwa ba ho kakata.
Kakatla (ka-ka-tla) /cleave, clinch/ Ho tshoara ntho ka ho tlapurela ka thata; ho
atlarela ka letsoho ka thata ka ho etsa hore ntho e se chopohe. Tlh. Mantsoe ana a
mabedi, “kakatlela” le ho “kakatela” a na le moelelo o tshoanang. (bap. atlara).
Kakatlela (ka-ka-tle-la) /cleave firmly/ Ketsahalo ya ho kakatla: ho tshoara ntho ka
ho e tlapurela ka thata; ho atlarela ka letsoho ka thata ka ho etsa hore ntho e se
chopohe kapa balehe. (bap. mamarela).
Kakatlelo (ka-ka-tle-law) // Ketso ya ho kakatlela: ho tshoara ntho ka ho e tlapurela
ka thata; ho atlarela ka letsoho ka thata ka ho etsa hore ntho e se chopohe kapa
balehe. (bap. mamarela).
Kakatletsa (ka-ka-tle-tsa) /stamble/ Ho etsa modumo o tshoanang le wa kgoho e
qeta ho behela mahe; ho bua joalo ka ha eka motho o koenya mantsoe; ho thatafalloa
ho bua hantle. (bap. hoeleketsa). Mael. Kgoho e kakatletsang lehe ke la yona: motho
o bontsha seo a se entseng ka dipuo.
Kakatletso (Ka-ka-tle-tso) /stambling/ Ketso ya ho kakatletsa: ho etsa modumo o
tshoanang le wa kgoho e qeta ho behela mahe; ho bua joalo ka ha eka motho o
koenya mantsoe; thatafallo ya ho bua hantle.
Kakela (ka-ke-la) /to shit someone/ Ketsetso ya ho kaka. (bap. nyedisa).
Kakelo (ka-ke-law) /shitting/ Ketso ya ho kakela. (bap. nyediso).
Kaketsa (ka-ke-tsa) // Ho etsa le ho bua dipuo tsa moikaketsi: ho bua seo o sa se
etseng; ho ruta seo o sa se etseng; ho hloka nnete empa o batla ho joetsoa nnete; ho
ba diketso tse hananang le seo o se buang. /bap. ikaketsa, moikaketsi/.
Kaketso (ka-ke-tso) /hypocrisy/ Ketso ya ho ikaketsa kapa ho kaketsa: ho etsa le ho
bua dipuo tsa moikaketsi: ho bua seo o sa se etseng; ho ruta seo o sa se etseng; ho
hloka nnete empa o batla ho joetsoa nnete; ho bua diketso tse hananang le seo o se
buang. /bon. Maikaketso/ (bap. boikaketso, boikaketsi, moikaketsi, ikaketsa).
Kakgeho (ka-kge-haw) /fainting/ Ketso ya ho akgeha: ho lahleheloa ke kutlo ka
baka la ketsahalo e bohloko; ho wela fatshe ke bohloko kapa ketsahalo e itseng.
Kako (ka-kaw) /kissing/ Ketso ya ho aka. Ho thetsana ka puonama; ho thetsana ka
dipounama ho bontsha lerato; ho thetsana ka molomo ho bontsha tumediso; ketso ya
ho aka ka baka la lerato kapa tumediso. Ho suna motho. Ho otla ka sefene. (bap.
meto, tshuno).
Kala (ka-la) /measure/ Ho nka, lekanya kapa ho hlalosa boima kapa bofefo ka ho
beha sekaleng. Ho hlalosa boima kapa bofefo ka sekala.
Kalafo (ka-la-faw) /healing, nursing, treatment/ Ketso ya ho alafa: ho thusa hore
leqeba, bohloko ba mmele kapa bokudi bo itseng bo fele kapa bo fokotsehe.
Kalafong (ka-la-fo-ng) /hospital/ Sebaka se seholo seo bakudi ba okeloang kapa ba
alafafjoang teng. Sebaka sa batho ba kulang kapa ba lemetseng se amohelang batho
ba bangata hofeta. /bon. dikalafong/ (bap. bookelong).
Kalaka (ka-la-ka) // Seka phoshoana e tshoeu ka mmala e sebedisoang bakeng sa ho
hloekisa metsi ka sepheo sa ho bolaya dikokoanahloko.
Kalama (ka-la-ma) /ride on/ Ho ya ka hodimo ho ntho e tsamayang joalo ka
sepalangoang, phoofolo kapa motho. Tlh. Ho “hloella” le ho “kalama” ke mantsoe a
bontshang ho ya ka hodima ho ntho e itseng, empa ntho tseo ho uwang ka hodima
tsoana ha di tshoane. Mohl. O kalama ntho e tsamayang joalo ka pere, koloi, sekepe,
sefofane, jj. O hloella ntho e emeng joalo ka sefate, thaba, selomo, ntlo, letsoapo
kapa thaba. (bap. hloa, hloella).
183
184
Kalame (ka-la-me) /riding/ E ka hodimo ho ntho e tsamayang joalo ka
sepalangoang, phoofolo kapa motho.
Kalame (ka-la-me) // Bokgale le ketsahalo ya ho kalama.
Kalamisa (ka-la-mi-sa) // Ketsiso ya ho kalama.
Kalamisitse (ka-la-mi-si-tse) // Bokgale ba ho kalama.
Kalamisitsoe (ka-la-mi-si-tswe) // Boetsuwa le bokgale ba ho kalama.
Kalamisoa (ka-la-mi-swa) // Boetsuwa ba ho kalama.
Kalamo (ka-la-maw) /a ride/ Ketso ya ho kalama: boemo ba ho ya ka hodimo ho
ntho e tsamayang joalo ka sepalangoang, phoofolo kapa motho. (bap. hloa, thloello).
Kalamolla (ka-la-mul-la) /alight, disembark/ Ketsollo ya ho kalama: ho theoha ntho
e kalangoeng joalo ka sepalangoang kapa pitsi.
Kalamollo (ka-la-mul-lo) // Ketso ya ho kalamolla: ho theoha ntho e kalangoeng
joalo ka sepalangoang.
Kalamollotse (ka-la-mul-lu-tse) // Bokgale ba ho kalamolla.
Kalana (ka-la-na) /measure each other/ Ketsetsano ya ho kala.
Kalana (ka-la-na) /habitat/ Sebaka kapa ntlo ya nonyana kapa phoofolo; moo
nonyana e ratang ho dula teng nakong tse ngata. Moo ho dulang ntho, haholo
nonyana, nako e ngata. /bon. dikalana/ (bap. ntloana, sentele).
Kaleng (ka-le-ng) /separately/ Ka ho hlahloba, hlalosa lekola kapa ho sheba ka
bonngwe ntle le ho akaretsa bongata. Mohl. O tlameha ho hlalosa lentsoe kaleng.
Kaletse (ka-le-tse) /riding/ E kahodimo ho sepalangoang; e kalameng ntho e
tsamayang kapa e leetong. Bokgale ba ho kalla. (bap. kalame).
Kalla (kal-la) /to stick fight/ Ho loana kapa ho bapala ka melamu.
Kalla (kal-la) /ride on/ Ho ba ka hodima phoofolo, joalo ka pere kapa pokola.
Kallana (kal-la-na) // Ketsetsano ya ho kalla: ho loantshana kapa ho bapala ka
melamu mmoho; ho otlana ka melamu.
Kallano (kal-la-naw) /stick fighting/ Ketso ya ho kallana: ho loantshana kapa ho
bapala ka melamu; kotlano ka melamo.
Kallo (kal-law) /riding on/ Ketso ya ho kalla: ho ba ka hodima phoofolo, joalo ka
pere kapa pokola. Boemo ba ho kalama.
Kalo (ka-law) /measurement/ Ketso ya ho kala: ho nka, lekanya kapa ho hlalosa
boima kapa bofefo ka ho beha sekaleng.
Kama (ka-ma) /comb/ Ho lokisa moriri; ho etsa hore moriri o be motle ka ho o
hlophisa hore o shebahale. (bap. beola, shoashoaila).
Kama (ka-ma) /a comb/ Sesebedisoa se hlophisang le ho lokisa moriri hore o be
motle. /bon.dikama/.
Kamahano (ka-ma-ha-naw) /comparison, analogy/ Ketso ya ho amahana: ho bapisa
ntho tse pedi kapa tse fetang moo ka sepheo sa ho bapisa ho tshoana hoa tsona.
Kamahanyo (ka-ma-han-yaw) /comparison, analogy/ Ketso ya ho amahanya: ho
bapisa ka ho bontsha kamano kapa ho tshoana. /bon. dikamahanyo/.
Kamano (ka-ma-naw) /relationship/ Ketso ya ho amana: ho ba le papelano le; ho ba
seng le; ho ba leloko le. /bon. dikamano/ (bap. leqhama).
Kamarelo (ka-ma-re-law) /attachment, adherence/ Ketso ya ho amarela kapa ho
ikamahanya le; ho ba le kamano e kgolo le; ho itshetleha kapa ho ipapisa le.
Kamele (ka-me-le) /camel/ Phoofolo ya mahoatateng e sebedisoang joalo ka koatola;
pokola ya mahoatata; phoofolo ya leloko la pitsi ya lehoatata. /bon. dikamele/.
Kamisa (ka-mi-sa) /to make comb/ Ketsiso ya ho kama.
Kamo (ka-maw) /combing/ Ketso ya ho kama: tlhopiso ya moriri. (bap. mokamo).
184
185
Kamoheleho (ka-mu-he-le-haw) /acceptability, tolarance/ Ketso ya ho amoheleha:
ho amohela kapa ho ananela boemo ba motho le sebopeho sa hae.
Kamohelo (ka-mo-he-law) /welcome, reception/ Ketso ya ho amohela: ho dumella
ho fihla hoa motho kapa ntho e itseng. Pontsho ya kananelo.
Kamoho (ka-mu-haw) /dispossesion/ Ketso ya ho amoha: ho nkela kapa ho hapa ka
tsela e mpe; ho hlothola seo motho kapa ntho enang le sona.
Kamolla (ka-mul-la) /un-comb/ Ketsollo ya ho kama: ho etsa hore moriri o senyehe
ka ho o hlotholla kapa ho etsa o bonahale o sa kangoa.
Kamollo (ka-mul-law) /un-combing/ Ketso ya ho kamolla: tshenyo ya moriri o
kangoeng; tlhophollo ya moriri o hlophisitsoeng hantle.
Kamollotse (ka-mul-lu-tse) /uncombed/ Bokgale ba ho kamolla.
Kamollotsoe (ka-mul-lu-tswe) // Boetsuwa le bokgale ba ho kamolla.
Kamong (ka-mu-ng) /each person/ Motho emong le emong ho sa kenyeletsoe le
babang; motho ka boyena ho sa kenyeletsoe le babang.
Kamoo (ka-mo-u) /more than, by the way that/ Ka hofeta; ka tsela enngwe e
fapaneng le e hlalosoang; ka mokgoa omong. Tlh. Lentsoe lena, “kamoo” le
sebedisoa mmoho le “hofeta” ho fana ka moelelo o utloahalang. Mohl. Se mo
hlahetseng se seholo hofeta kamoo re neng re nahana kateng. Re batlile hofeta
kamoo re neng re tshoanela ho batla. E kgolo hofeta kamoo re nahanang. O motle
hofeta kamoo a boleloang. Kamoo a leng motle kateng ekare ha a e ntloaneng.
Kamoo (ka-mo-u) /that side/ Lesupa le bontshang sebaka seseng seo ho buuwang ka
sona se ka lehlakoreng leleng. Mohl. Ke a tla kamoo ka mokgorong. O rata ho ya
kamoo ho sa dumelloang ka teng. Hobaneng o ya kamoo?
Kamore (ka-mu-re) /room/ Enngwe ya moaho wa ntlo e nang le bodulo bo fapaneng
le emeng; sebaka seseng sa bodulo sa ntlo kapa moaho; karolo ya ntlo eo ho duloang
ho yona e nang le lebitso, tshebediso kapa tlhaloso e sa tshoaneng le tse ding. /bon.
dikamore/ (bap. phaposi).
Kampela (kam-pe-la) /barricade/ Ho etsa hore ntho e potapotoe ke ntho e itseng; ho
dikadika ka ho etsa motero kapa lebota ka sepheo sa ho thibela bokeno.
Kampelo (kam-pe-law) /barricading/ Ketso ya ho kampela: mokgoa wa ho etsa hore
sebaka se potapotoe ke ntho e itseng; ho dikadika ka ho etsa motero kapa lebota ka
sepheo sa ho thibela bokeno.
Kampetse (kam-pe-tsi) /barricaded/ E potapotiloeng ke motero. Bokgale ba ho
kampela. (mm. kampetsoe).
Kampo (kam-paw) /or/ Lentsoe le kopanyang mantsoe kapa dipolelo tse fetang
bonngwe. Tlh. Lentsoe le nepahetseng ke “kapa” le ha batho babang ba sebedisa
lentsoe, “kampo”. (bap. kapa).
Kampo (kam-paw) /camp/ Sebaka seo ho dulang masole kapa batshoaruwa ho sona;
moaho wa sesole kapa batshoaruwa o kampetsoeng.
Kana (ka-na) /undertake, swear/ Ho etsa tshepiso ka botio: ho fana ka mantsoe a
tiisang morero oo ho dumellanoang ka ona. (bap. Ikana).
Kananelo (ka-na-ne-law) /abiding, compliance, acknowledgement/ Ketso ya ho
ananela: Ho amohela sepheto kapa ntlha e hlahisoang kapa e hlahisitsoeng.
Kalangoe (ka-la-ng-we) // Boetsuwa ba ho kalama. (mm. Kalangwe).
Kankere (kan-ke-re) /cancer/ Lefu le hlaselang karolo enngwe ya mmele mme e
ngatafale ho setho se hlasetsoeng ka ho se senya le ho baka seqaqa, seka motopa, le
bohloko bo boholo, mme e ka bolaya ha e sa phekoloe kapa e sa hlokomeloa pejana,
pele e ata. /bon. dikankere/ (bap. mofetshe).
185
186
Kanna (kan-na) /it may, it can/ Lentsoe le bontshang ho ka etsahalang neng kapa
neng ho tloha hona joale. Mohl. Ke bona eka a kanna a tsamaya neng kapa neng.
Kannang (kan-na-ng) /that may, that can/ Hoo ho ka etsahalang neng kapa neng ho
tloha hona joale. Mohl. Ha ke batle ho tsamaya le motho ya kannang a mphoqa.
Kannete (kan-ni-ti) /realy, truly/ Ka ho bontsha nnete kapa bonnete ba ketsahalo
kapa ketso e itseng; ka tlhokeho ya leshano; ka ho bontsha botio. (bap. Nnete, bosa).
Kannetenete (kan-ni-ti-ni-ti) /verily verily, very true/ Ka ho bontsha nnete kapa
bonnete ba ketsahalo kapa ketso e itseng ka ho toboketsa; ka tlhokeho ya leshano ka
ho phethahala; ka ho bontsha botio ka ho toboketsa.
Kanngwe (kan-ng-we)(kanngoe) /each one/ Ntho enngoe le enngoe ho sa
kenyeletsoe le tseding; hohong kapa enngwe ka boyona. (bap. Kamong).
Kano (ka-naw) /undertaking, vow/ Ketso ya ho netefatsa hore se buuwang ke nnete
feela; tshupo ya boitlamo le nnete. (bap. boitlamo).
Kanono (ka-nu-nu) /canon/ Sebetsa sa kgale se sebedisoang bakeng sa ho ntsha
diqhomane ho ba direng kapa kgahlanong le bona. /bon. dikanono/ (sheb. sebetsa).
Kanthe (kant-he) /actually/ Hantlentle; ka bonnete kapa ntle le leshano. Mohl.
Kanthe wena omang? Ke neke nahana hore Mugabe ke motsoalle wa Letsie kanthe
ha ho joalo. Mosetsana enoa o bohahala a le motshoana ha ale hole kanthe o
mosoeu. Kanthe o tsotsi ya matarapane: ke ne ke sa tsebe!
Kanthenyane (kant-hen-ya-ni) /in actual fact/ Lentsoe le supang bonnete ba taba ka
ho toboketsa. Hantlentle; ka bonnete kapa ntle le leshano. Mohl. Kanthenyane wena
omang? Ke neke nahana hore Mugabe ke motsoalle wa Letsie kanthenyane ha ho
joalo. Mosetsana enoa o bohahala a le motshoana ha ale hole kanthenyane o
mosoeu. Kanthenyane o tsotsi ya matarapane: ke ne ke sa tsebe! Kanthenyane wena
o motho ya joang? (bap. anthenyane).
Kantle (kan-tle) /beside/ Ntle le moo; ka thoko ho moo kapa lebaka le itseng. (bap.
Ntle le) Mohl. Kantle le moo, kea inkgona. O tseba ho itsamaisa kantle le moo.
Kantle (//) /outside/ Sebaka seo se seng kahare; ka thoko le bokahare. (bap. Kahare).
Kantsho (kan-ts-haw) /lactation/ Ketso ya ho antsha: ho fa lesea lebese la letsoele;
ho noesa lekgabunyane kapa ngoana lebese ka ho antsha. (bap. nyantsho).
Kanyo (kan-yaw) /milk sulking/ Ketso ya ho anya: ho noa lebese ke ngoana kapa
phoofolo ka ho momorotsa lebese la letsoele. (bap. nyantsho).
Kaofela (ka-u-fe-la) /all/ Dintho tsohle ho sa kgethoe; batho bohle ho sa kgethoe;
maemo ohle ntle le ho kgetholla; ntho yohle. (bap. tsohle, yohle, bohle, bohle).
Kaofela-fela (ka-u-fe-la-fe-la) /all and all/ Hohle, yohle, bohle le tsohle ntle le ho sia
tse ding. Tsohle ka ho toboketsa.
Kapa (ka-pa) /or/ Lentsoe le kopanyang mantsoe kapa dipolelo tsa serapana tse
fetang bonngwe. Mohl. O tla tsamaya le bona kapa le rona hosane? Che, ke tla
tsamaya le morena hoseng kapa mosadi waka mantsiboya.
Kapa (ka-pa) /chop/ Ho poma ka sepheo sa ho dia; ho poma ka sepheo sa ho etsa
lekumane, karoloana kapa sekoto. Mohl. Ke batla ho kapa patsi ena honajoale.
Kapa (ka-pa) /trussel/ Thupa ya sefate e sebedisoang bakeng sa ho rulela; leballo le
leholo le sebedisoang bakeng sa ho tshihetsa thupa tse nyane tsa ho rulela. /bon.
Dikapa/ (bap. leballo).
Kapantshi (ka-pan-tsi) /African Paradise-Flycatcher/ Mofuta wa Nonyana e
fumanoang haholo mapalapaleng le merung ya Afrika e ka Borwa; e hlooho e ntsho
le setono se seleletsana se se kgunong. /bon. Dikapantshi/. (mm. kapantsi). (sheb.
Ditshoantsho tsa dinonyana).
186
187
Kaparelo (ka-pa-re-law) /covering/ Ketso ya ho aparela: ho koahela ka lesela,
pampiri kapa ntho e koahelang.
Kaparelo (ka-pa-re-law) /surrounding, encircle, besiegement/ Mokgoa wa ho
potapota ka mahlakore ohle: ho ba ka nqa tsohle tsa ntho, naha kapa motho ya
bohareng kapa ya hare.
Kaparo (ka-pa-raw) /dressing, wearing/ Ketso ya ho apara: mokgoa kapa tsela ya
ho tena diphahlo kapa ho kenya seaparo. Ho iphuthela ka diaparo bakeng sa ho pata
bofeela kapa ho tsola.
Kapele (ka-pi-le) /quick, quickly, fastly, faster/ Ka tsela e bontshang matjato a
maholo; ka tsela e bontshang ho potlaka; ka ho bontsha mafolofolo a ho etsa.
Ka pele (ka-pi-le) /infront, fore/ Ka lehlakoreng leo ho shebanoeng le lona; ka
lehlakoreng leo mmele o tobaneng le lona, ebile le se kamorao. Tem. Ho na le
phapang e kgolohadi pakeng tsa mantsoe, “kapele” le “ka pele”. “kapele” ke lentsoe
leleleng le bontshang potlako ya ho etsa ketso e itseng, ha “ka pele” e le popo ya
mantsoe a bontshang sebaka se latelang kapa seo ho uwang ho sona. Mantsoe,
“kapelanyana” mmoho le “ka pelenyana” le ona a sebedisoa joalo. (bap. pelenyana).
Kapelenyana (ka-pe-lin-ya-na) /quick, quickly, fastly, faster/ Ka tsela e bontshang
matjato a maholo; ka tsela e bontshang ho potlaka; ka ho bontsha mafolofolo a
maholo. (sheb. Ka pele mmoho le kapele bakeng sa tshebediso).
Kapeso (ka-pe-so) /dressing/ Ketso ya ho apesa: tentsho ya seaparo.
Kapi (ka-pi) /baby hat/ Katiba ya ngoana. /bon. dikapi/ (bap. api).
Kapiloe (ka-pi-lwe) // Boetsuwa ba ho kapa.
Kapiwe (ka-pi-we) // Bokgale ba ho kapa. (mm. Kapioe).
Kapjoa (kap-jwa) // Boetsuwa ba ho kapa.
Kapoho (ka-pu-haw) // Ketso ya ho apoha: ho tloha hoa maru.
Kapolelo (ka-pu-le-law) // Ketso ya ho apolela: ho fana ka diaparo.
Kapolo (ka-pu-law) // Ketso ya ho apola: ho ba ntle le diaparo; ho tsola.
Karabelo (ka-ra-be-law) /responsiveness/ Ketso ya ho arabela: ho fetola seo ho
buang ka sona; ho fana ka karabo bakeng sa potso.
Karabiso (ka-ra-bi-saw) /argumentativeness/ Ketso ya ho arabisa: ho etsa kgang
kapa ho ngangisana ka puo; ho fetolana ka mantsoe ka tsela e sa lokang.
Karabo (ka-ra-baw) /answer/ Ketso ya ho araba: ho fetola potso kapa polelo e
batlang ho fetoloa; ho fana ka se batloang ke potso. /bon. dikarabo/.
Karete (ka-re-te) /card/ Enngwe ya dipampitshana, seka lebokese, e sebedisoang ho
bapala le ho etsa ditlhodisano tsa boithabiso. /bon. Dikarete/.
Kariki (ka-ri-ki) /cart/ Sepalangoang sa maiketsetso se huloang ke koatola, mmoulo
kapa pokola. /bon. dikariki/.
Karohano (ka-ru-ha-naw) /separation, division/ Ketso ya ho arohana: boemo ba ho
se be mmoho; ho se dule mmoho; ho se be sebakeng seleseng; ho se dumellane.
Karohanyo (ka-ru-han-yaw) /spliting, disbanding, disunity/ Ketso ya ho arohanya:
ho etsa hore ntho kapa batho ba se be mmoho; ho etsa hore kamano e fele.
Karolelano (ka-ru-le-la-naw) /sharing/ Ketso ya ho arolelana: ho abelana ka ho
lekana; ho fana ka ho lekana.
Karolo (ka-ru-law) /division/ Ketso ya ho arola: Ho etsa hore ntho di fete bonngwe;
ho poma kapa ho seha ka tekanyo kapa dikotoana; ho poma ka ho lekana.
Karolo (ka-ru-law) /part of/ Sekoto sa ntho e itseng; lehlakore la ntho e itseng e sa
tshoaneng le enngwe. /bon. Dikarolo/.
Karoloana (ka-ru-lwa-na) /feature, portion/ Karolo e nyane ya ntho; sekotoana sa
ntho. Se senyane se arotsoeng ho se seholo. Korolo e nyane. /bon. dikaroloana/
187
188
Kase (ka-se) /cheese/ Sejo se entsoeng ka ho arohanya diqaqa tsa mafi mme tsa
thatafatsoa ho etsa sejo se sehlana sa lebese. /bon. dikase/.
Kata (ka-ta) /compress/ Ho etsa bothata ka ho hatella fatshe; ho etsa hore fatshe
kapa lebala le tie ka ho hata ka ntho e itseng.
Kata (ka-ta) /guard/ (sheb. Lebela bakeng sa tshebediso).
Katakata (ka-ta-ka-ta) /compressing machine/ Mochini o sebedisoang ho kata
fatshe kapa lebala ka ho etsa khatello. /bon. dikatakata/.
Katamelo (ka-ta-me-law) /approaching/ Ketso ya ho atamela: ho tla haufinyane;
boemo bo haufi le; ho ba mabapi le; ho bapelana le; boemo ba ho ba pela motho kapa
ntho e itseng.
Katametso (ka-ta-me-tso) /nearness/ Ketso ya ho atametsa: ho tlisa haufinyane kapa
mabapi le ntho e lehlakoreng le nqa enngwe.
Katametso (ka-ta-me-tso) /affiliation/ Boemo ba ho tlisa haufinyane le; ho ba
mmoho le mokga o itseng; boemo ba ho ba le kamano le. (bap. boikatametso).
Katara (ka-ta-ra) /guiter/ Seletsa sa mmino se entsoeng ka maseka le lekopokopo
seo modumo wa sona o laoloang ka ho tlanya leseka le kgethiloeng. /bon. dikatara/.
Katareng (ka-ta-re-ng) /disco/ Sebaka seo ho tjekoang teng; moo ho fochoseloang
teng. Famong kapa fochong. /bon. Dikatareng/.
Katela (ka-te-la) /prepare/ Ho dula o le malala a laotsoe. Ho ba boemong bo
lokileng bakeng sa eng kapa eng e ka etsahalang; ho ba makgatheng a boitokiso; ho
ba malala a laotsoe. (bap. ikatela).
Katiba (ka-ti-ba) /hat/ Seaparo sa hlooho: se roaloang hloohong bakeng sa ho kgaba
kapa ho itshireletsa. /bon. dikatiba/.
KATIBA/ DIKATIBA
Katiso (ka-ti-so) /accumulation, proliferation/ Ketso ya ho atisa: ho etsa hore ntho
di be ngata; ho ngatafatsa; keketso kapa keketseho ya dintho.
Katleho (ka-tl-haw) /prosperity, succesfulness, success, affluence/ Ketso ya ho
atleha kapa ho phomella: boteng ba leruo kapa ho atleha ketsong e itseng.
Katolla (ka-tul-la) /exhume, dig up/ Ketsollo ya ho kata: ho chekolla se epetsoeng;
ho fatolla ka sepheo sa ho batla ntho e ka tlasa mobu. (bap. epolla). Mael. Mamello e
tsoala katleho: ho tiisetsa mathateng ho a putsa; katleho e fumanoa ke ba nang le
tiisetso bophelong.
Katollo (ka-tul-law) /exhumation/ Ketso ya ho katolla. Ho epolla se epetsoeng.
Katollo (ka-tol-law) /enlargement/ Ketso ya ho atolla: ho etsa hore ntho e be kgolo;
ho hodisa ka ho atolosa.
Katoloso (katu-lu-saw) /expansion/ Ketso ya ho atolosa kapa ho eketsa mathoko,
bophahamo kapa bophara. Ketso ya ho hodisa. Khodiso.
Katse (ka-tse) /cat/ Mofuta wa phoofolo e thapileng ya hae wa lelapa la nkoe kapa
lengau. /bon. dikatse/ Tem. Dilemong tsa pele ho 1800, katse e ne e se phoofolo ya
hae ebile e sa bitsoe ka lebitso leo. E ne e le phoofolo ya naheng e bitsoang “qoabi”
ebile e tsongoa ke batsomi bakeng sa ho jewa joalo ka nama. Ha diruuwa di ntse di
ata, e ile ya thapisoa ho dula le motho kapa ho ruuwa joalo ka seruuwa se fokotsang
ditoeba malapeng. Ha qoabi e tlisoa hae, e ile ya bitsoa “mosia” ho bolelang hore e
188
189
“sia” boqoabi ba yona naheng. Qoabi ena e thapisitsoeng ena le ho baleha hae ha e
bolaisoa tlala, mme e boele naheng hape. Ha e boela naheng Basotho ba e bitsa
setsetse: ho bolelang katse e balehileng hae ka mora ho thapisoa. (bap. mosia,
setsetse, qoabi, tlokoa).
Katsekatse (//) /kitten/ Ledinyane la katse. Ngoana mosia kapa katse. /bon.
dikatsekatse/ (bap. mosiana).
Ke (ke) /is/ Mohl. Ke motho e moholo. Ke lehlanya la rona. Ke ngoana ngoanana
kapa wa moshanyana.
Ke (//) /I/ Seemedi se sebedisoang bakeng sa motho ka bonngweng nakong ya joale
ka ho hlalosa boemo bofe kapa bofe. Mohl. Ke mmone ebile ke kgotshe ke yena.
Ke (//) /who/ Mohl. Ke mang ya itseng le tsamaye? Ke mang ya reng Sesotho ha se
puo e nonneng haholo ka mantsoe?
Keakea (ki-a-ki-a) /enigma, emotional burden/ Boemo bo hlokang tharollo: bo
sitisang tsoelopele ya maikutlo kapa phethahalo ya se hlokahalang le se
labalabeloang. /bon. Dikeakea/ (bap. mohlolo, dihaeya).
Kebesela (ke-be-se-la) /shaky, unstable/ E hlokang botsitso ba ho ema hantle; e sa
kgoneng ho tsitsa ka boemo kapa moemo; e sa kgoneng ho tshetlela.
Kebeselo (ke-be-se-law) /shakiness/ Ketso ya ho kebesela kapa ho hloka botsitso ba
ho ema hantle; boemo kapa moemo o sa tsitsang.
Kebokebo (ke-baw-ke-baw) // Ketso ya ho ebaeba: ho leketla hoa makala a
ditholoana ka baka la ho beha hoa sefate; ho leketla hoa lekala ka lebaka la boima ba
ditholoana sefateng. Ho imeloa ke peho ya ditholoana tse ngata sefateng.
Kebolela (ke-bu-le-la) (sheb. Ebolela bakang sa tshebediso). Mael. Ho ja
monakaladi wa kebolela: ho dula le ho phomola ha monate ntle le mosebetsi o
boima. Ho roba monakedi.
Kebolo (ke-bu-law) /peeling/ Ketso ya ho ebola kapa ho tlosa lekgapetla: ho ntsha
bokahodimo ba tholoana; ho tlosa se aparetseng bokantle ba tholoana kapa sejalo se
nang le bokantle. (bap qaqapolotso). (mm. Kebolela).
Kedimoloho (ke-di-mu-lu-haw) /yawning/ Ketso ya ho edimoloha kapa ho ahlamisa
molomo ka baka la tlala, mokgathala kapa boroko. Puleho ya molomo e etsahalang
ntle le thato ya monga ona. (bap. edimoloho).
Keiseho (ke-i-se-haw) /outcast/ Ketso ya ho eiseha kapa ho kgesa motho ka baka la
boemo ba hae bo itseng. Boemo ba seeiso kapa motho ya sa ratoeng ka mabaka a
itseng. Ho se ratoe kapa ho se natsoe ka lebaka la boemo bo tlase kapa bo kgesehang
haholo. (bap. seeiso, moeisi).
Keiso (ke-i-so) /outcasting/ Ketso ya ho eisa. Ho se natse ka baka la ho nyatseha; ho
se ratoe ka baka la boemo bo tlase. (bap. seeiso, eisa).
Keke (ke-ke) /never/ Ho tla hloleha ho ba joalo; seo ho buuwang ka sona se tla
hloleha; leletho. (bap. Nkekebe) Mohl. A keke a tsamaya. O keke wa kgetha ho
tsamaya feela tjena ntle le ho sadisa hantle. Ba keke ba utloisisa puo ena ya heso
hobane ha ba ikemisetsa ho mamela.
189
190
Kekebe (ke-k-be) /never/ Ho tla hloleha ho ba joalo; seo ho buuwang ka sona se tla
hloleha; leletho. (bap. Nkekebe) Mohl. A kekebe a tsamaya. O kekebe wa kgetha ho
tsamaya feela tjena ntle le ho sadisa hantle. Ba kekebe ba utloisisa puo ena ya heso
hobane ha ba ikemisetsa ho mamela. (bap. nkekebe).
Kekeletso (ke-ke-le-tso) /an increase, increment/ Ketso ya ho atisetsa moputso.
Keketeha (ki-ki-te-ha) /giggle/ Ho tsheha haholo; ho qaboleha haholo.
Keketeho (ke-ke-te-haw) /giggling/ Ketso ya ho keketeha. Ho tsheha haholo.
Keketsa (ke-ke-tsa) /acacia dealbata/ Setlama sa naha se hlaha, se fumanoang
naheng ebile se ka sebedisoa joalo ka moriana wa letshollo. /bon. dikeketsa/.
Keketseho (ke-ke-tse-haw) /accumulation/ Ketso ya ho eketseha. Ho ba ngata.
Keketso (ke-ke-tso) /multiplication/ Ketso ya ho eketsa. Ho atisa, ho ba boemong ba
ho ngatafatsoa kapa ngatafala.
Keko (ke-kaw) /betreyal/ Ketso ya ho eka: ho se tshepahale kgahlanong le motho
emong; ho etsetsa emong diketso tse hlokang botshepehi.
Keledi (ke-le-di) /tear/ Metsi a tsoang mahlong ka baka la ho lla kapa ho thaba; seka
metsi se hlahang leihlong, se bodila, se bakong ke ditsheho, sello kapa bokudi ba
mahlo. /bon. Dikeledi/ (bap. monyepetsi).
Keleketla (ke-le-ke-tla) /ooze, emit/ Ho tsoa hoa madi kapa keledi; ho tsoa hoa ntho
e metsi kapa madi mmeleng.
Keleketlo (ke-le-ke-tlo) /oozing, emittance/ Ketso ya ho keleketla: ho tsoa hoa madi
kapa keledi; ho tsoa hoa ntho e metsi kapa madi mmeleng.
Kelello (ke-lel-law) /mind/ Boemo ba boko ba motho bo hlalosang monahano,
mohopolo, mokgoa le diketso tsa hae; karolo ya monahano wa motho e ikarabellang
bakeng sa ho etsa dintho tsohle ka ho fapana le tsa batho babang; karolo e nahanang
ya boko ba motho hofeta ya diphoofolo, kapa eo diphoofolo di e hlokang, e
fapanyang motho ka monahano. /bon. Dikelello/ (bap. Boko).
Kelello (ke-lel-law) /minding/ Ketso ya ho elelloa: ho hlokomela se etsahalang ka ho
nahana, ho bona le ho utloa.
Keletso (ke-le-tso) /an advice, admonition/ Ketso ya ho eletsa kapa ho lokisa; phano
ya mantsoe a ahang kapa a kgalemelang. Lentsoe, ketso kapa polelo e lebisoang ho
motho emong ka sepheo sa ho eletsa kapa ho fana ka maele.
Kelohloko (ke-law-hlaw-kaw) /carefulness, meticulousness/ Ketso ya ho elahloko
kapa ho ba hlokolosi kapa ho ba malala a laotsoe bakeng sa ketsahalo e itseng. Ho
shebisisa se etsahalang; ho ba leihlo le nchocho mabapi le ketsahalo e itseng.
Kemaro (ke-ma-ro) /pregnancy/ Boemo ba ho emara: ho ba le bophelo ka popelong;
boemo ba ho ba le lesea ka hara mmele wa mosadi kapa motho e motshehadi. Boemo
bo lebisang pelehong ya ngoana kapa ledinyane. /bon. dikemaro/ Tlh. Lentsoe,
“boimana” le sebedisoa feela ho batho, ha “kemaro” e sebedisoa ho diphoofolo le
batho ka ho tshoana. (bap. Boimana, bokgachane, mmeleng).
Kemello (ke-mel-law) /torture/ Ketso ya ho emella kapa ho bua mantsoe a utloisang
bohloko ho motho kgafetsa; ketso ya ho etsa diketso tse mpe nako e telele hofihlela
motho kapa ntho e utloa bohloko.
Kemiso (ke-mi-so) /stoppage, cessation, suspension/ Ketso ya ho emisa: ho lesa ho
tsoela pele ka ketso e itseng; ho tlohela ho etsa ntho e itseng; tesello ya ho nka
bohato; thibelo ya ho sebetsa mosebetsing.
Kemo (ke-maw) /standing/ Ketso ya ho ema: ho emisa maoto; ho otlolla maoto.
Kemo (ke-maw) /position, stand/ Ketso ya ho bontsha kamoo motho a nahanang ka
teng; pontsho ya qeto eo motho a e nkileng. (bap. qeto, boemo, ntlha-kemo).
190
191
Kena (ke-na) /enter/ Ho tla ka hare ho; ho tsamayela ka hare ho; ho tsamayela moo
ho nang le monyako ka sepheo sa ho tla kahare. Mael. Ho kena ditaba ka sehlotho:
ho ba ditabeng tse sa o ameng ebile o sa mengoa. Mael. Ho kena motsoetseng: ho ba
sebakeng se sa dumelloang.
Kena (//) /attend/ Ho ya sekolong bakeng sa ho ithuta. Ho ya moo ho fanoang ka
thupello teng. Mohl. O kena sekolo kae? Ke kena mophatong wa boraro, mane
Hlotse, seterekeng sa Leribe. Ke kena sehlopha sa leshome mane Hlohloloane.
Kenakena (ke-na-ke-na) /interfere/ Ho itshunya ditabeng tseo eseng tsa hao; ho bua
pele emong a qeta ho bua; ho itahlela tabeng tse sa o batleng.
Kenakeno (ke-na-ke-naw) /interference/ Ketso ya ho kenakena: ho itshunya
ditabeng tseo eseng tsa hao; ho bua pele emong a qeta ho bua; ho itahlela tabeng tse
sa o batleng. (bap. Boitshunyatshunyo).
Keneha (ke-ne-ha) /accessible/ Hoa sebaka, monyako, tulo, lehlafi, motero kapa
ntlo: e kgonang ho kenoa; eo ho leng bobebe ho tla kapa ho kena ka hara yona.
Keneiloe (ke-ne-il-we) /gifted female/ Lebitso la motho e motshehadi ya nang le neo
kapa eo eleng neo batsoading ba hae. /bon. bokeneiloe/ (mm. keneilwe).
Kenella (ke-nel-la) /harass/ Ho bua mantsoe le ho etsa diketso tse mpe ho motho; ho
hlekefetsa ka dipuo, diketso le mantsoe. Mohl. Motho a tla kenella ngoana batho.
Kenello (ke-nel-law) /harassment/ Ketso ya ho kenella: tlhekefetso ka mantsoe,
dipuo le diketso tse mpe.
Keneneng (ki-ni-ni-ng) /how long, since when/ Lentsoe le sebedisoang ho batla ho
tseba bolelele ba nako eo ketsahalo e etsahalang ka yona ka ho toboketsa. Mohl.
Keneneng re tsamaya. Keneneng o kgalemeloa ka ntho e le nngwe. (bap. honeneng).
Keneng (ki-ni-ng) /how long? since when?/ / Lebotsa kapa lebotsi le sebedisoang ho
batla ho tseba bolelele ba nako eo ketsahalo e etsahalang ka yona. (bap. Honeng).
Keng (ke-ng) /what?/ Lebotsa le batlang ho tseba se etsahalang; lentsoe le
sebedisoang ke mmuwi ka sepheo sa ho batla ho tseba ka ho botsa se etsahalang.
Keno (ke-naw) /entrance/ Ketso ya ho kena monyako kapa ho tla ka hare; ho
tsamayela nqa ya lehlafi; ketso ya hofeta lehlafing. (bap. bokeno).
Kento (ken-taw) /immunization/ Ketso ya ho enta: ho hlaba ka nale enang le
moriana bakeng sa ho thibela boloetse kapa lefu le itseng.
Kenya (ken-ya) /put or place inside/ Ho beha kahare; ho tlisa kahare.
Kenyeleditse (ken-ye-le-di-tse) /included, comprised/ Bokgale ba ho kenyeletsa.
Kenyeleditsoe (ken-ye-le-dits-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho kenyeletsa.
Kenyeletsa (ken-ye-le-tsa) /add, insert/ Ho beha kahare ho ntho e itseng e seng e le
teng; ho eketsa ka ho kenya hohong.
Kenyeletso (ken-ye-le-tso) /an insert, addition, insertion/ Ketso ya ho kenyeletsa:
ho beha kahare ho ntho e itseng e seng e le teng; ho eketsa ka ho kenya hohong.
Kenyeletso (ken-ye-le-tso) /addendum/ Se atisoang ho lengolo la phatlalatso; se
kengoang ho molao kapa molawana ka sepheo sa ho lokisa; katiso ya molao wa
phatlalatso ka ho kenya mantsoe amang. /bon. Dikenyeletso/ (bap. phetisetso).
Kenyeletsoa (ken-ye-lets-wa) /included/ Boetsuwa ba ho kenyeletsa: ho kengoa
sehlopheng kapa hara ntho tseo di seng di le teng.
Kenyo (ken-yaw) /insertion/ Ketso ya ho kenya kapa ho beha kahare. (bap. nokelo).
Keowe (ke-u-we) (Keooe) /Eurasian Curlew/ Mofuta wa Nonyana e bothokoa bo
bosootho le mokokotlo o mosweu; e mokobolo o molelelehadi; e maoto a malelele
hofeta setono. /bon. Dikeowe/.
191
192
KEOWE (KEOOE)
Kepa (ke-pa) /chisel/ Tshepe e thata e ka sebedisoang ho petsola lejoe, patsi kapa
ntho e thata. /bon. dikepa/ (bap. chesele).
Kepo (ke-paw) /digging/ Ketso ya ho epa: ho cheka sekoti; ho etsa mokoti.
Kepollo (ke-pul-law) /exhumation/ Ketso ya ho epolla: ho cheka mobu ka ho ntsha
se epetsoeng kapa se patiloeng tlasa ona. /bon. Diepollo/.
Kera (ke-ra) /mow, cut/ Ho poma mohloa ka sekere; ho faola semela ka sekere.
Kereke (ki-re-ke) /church/ Moaho wa badumedi. Ntlo ya thapelo. Sebaka sa thapelo,
moo ho rapelloang le ho rorisa Modimo teng. Ntlo kapa moaho wa phutheho ya
sedumedi le badumedi. /bon. dikereke/.
Kero (ke-raw) /mowing, cutting, pruning/ Ketso ya ho kera: ho poma mohloa ka
sekere; ho faola semela ka sekere kapa mochini o etsang joalo.
Kepese (ke-pi-si) /cap/ Katiba eo bokapele ba yona boleng bolelele. /bon. dikepese/
Kerese (ke-re-se) /candle/ Lebone le entsoeng ka sehlahisoa sa mofuta wa mafura a
hotelang ho kenyeletsoa le kgoele e bonisang. /bon. dikerese/.
Keresemese (ke-re-si-me-se) /christmas/ Letsatsi la bomashome a mabedi a metso e
mehlano (25) la kgoedi ya Tshitoe leo bakreste babang ba dumelang hore Morena
Jesu o hlahile ka lona. Tem. Ha ho moo Bibele e bontshang hore morena Jesu o
hlahile ka tsatsi leo.
Keta (ke-ta) // Ho bapala ka diketo; ho raha bolo ka ho bontsha boqhetseke.
Ketafala (ke-ta-fa-la) /to become very thin/ Ho ba mosesane haholo ka lebaka la ho
hloka se jewang kapa ho nahana haholo.
Ketafalo (ke-ta-fa-lo) /melancholia/ Lefu le etsang hore mokudi e be moketa: a ote
haholo; bokudi bo bakoang ke ho nahana haholo hofihlla mokudi a ota hofeta
tekanyo. Boemo ba ho ba moketa. /bon. 0/.
Ketafetse (ke-ta-fe-tse) /bony, skeletal, underweight/ E kapa ya moketa haholo; e
kapa ya otileng hofeta tekanyo.
Ketane (ke-ta-ni) /chain/ Thapo ya tshepe e sebedisoang ho tlama kapa ho hula ntho
tse boima haholo; sesebedisoa sa tshepe se tlamang kapa se sebedisoang ho holea le
ho hula ka ho hokela nthong enngwe. /bon. diketane/.
Ketapele (ke-ta-pe-le) /lead, leadership/ Ntlha ya pele papading kapa tlhodisanong
eo eleng yona e bakang sehlopha kapa motho hore a etelle pele. Ntho kapa motho ya
etellang pele; boemo ba ho ba moetapele kapa ho bontsha tsela; pontsho ya ho ba ka
pele ha ho etsa ntho tse bontshang boetapele.
Ketapele (//) /foreword/ Serapana sa buka se hlalosang dintlha tsohle tsa buka;
selelekela sa mongodi wa buka.
Keteka (ki-ti-ka) /celebrate/ Ho etsa mokete, haholo wa ho ithabisa, ka letsatsi la
tsoalo, boipuso kapa ketsahalo e itseng.
Ketekela (ke-te-ke-la) /celebrate for/ Ketsetso ya ho keteka: ho keteka bakeng sa.
Ketekelo (ke-te-ke-law) /celebration/ Ketso ya ho ketekela. Mokete wa.
Keteko (ke-te-kaw) /celebration, ceremony/ Ketso ya ho keteka: ho etsa mokete ka
ho nyanyaka le ho ithabisa bakeng sa ketsahalo e itseng. (bap. Mokete, lelomolo).
Ketello (ke-tel-law) /leadership/ Ketso ya ho etella: pontsho ya boetapele; mosebetsi
wa moetapele.
192
193
Ketello (ke-tel-law) /precedence/ Ketso ya ho etella: ho ba ka pele kapa wa pele ho
etsa ketso e itseng; ho ba boemong ba ho ba pulamadiboho ya mokgoa o itseng; ho ba
moetapela wa boemo bo etsoang.
Ketla (ke-tla) /to relax, have leisure/ Ho phomola kapa dula ntle le mosebetsi kapa
ho sebetsa. Ho se hule ka thata. (bap. iketla, boiketlo).
Ketle (ke-tle) // Mofuta wa sefi se bolayang phofu ya sona ka ho otla kapa ho pola ka
tshepe ho tsoa hodimo ha se chehiloe. /bon. Diketle/ (bap. kupu).
Ketlele (ki-tli-li) /kettle/ Mofuta wa setshelo sa tshepe se sebedisoang ho futhumatsa
metsi bakeng sa ho etsa tee kapa kofi. /bon. Diketlele/.
Ketlo (ke-tlaw) /leisure, relaxation/ Ketso ya ho ketla kapa ho phomola. Boemo ba
ho ithabisa ka mora mosebetsi. (bap. boiketlo) (mm. Iketla, boiketlo, iketle, iketlile)
Keto (ke-taw) // Ketso ya ho keta: ho bapala ka diketo; ho raha bolo ka ho bontsha
boqhetseke.
Keto (ke-taw) /playing stone/ Lejoe le sebedisoang papading ya diketo; lejoana le
boreledi le sebedisoang ho bapala diketo. /bon. diketo/.
Ketola (ke-tu-la) /overthrow, dethrone, oust, downfall/ Ho diya mmuso ka
dikgoka; ho tlosa motho wa maemo a hodimo, joalo ka morena, setulong. Ho wa hoa
mmuso, morena, moetapele kapa naha le boruwi ba yona. (bap. phetola).
Ketolo (ke-tu-law) /dethronement, ousting, coup detat/ Ketso ya ho ketola: ho diya
mmuso ka dikgoka; ho tlosa motho wa maemo a hodimo, joalo ka morena, setulong.
Ho wa hoa mmuso, morena, moetapele kapa naha le boruwi ba yona. /bon. 0/.
Ketotse (ke-tu-tsi) /overthrown/ Bokgale ba ho ketola.
Ketotsoe (ke-tu-tswe) /overthrown/ Boetsuwa le bokgale ba ho ketola.
Ketsahalo (ke-tsa-ha-law) /adjective verb/ Leetsi le hlalosang polelo kapa boemo ba
taba ntle le ho sebedisa lehlalosi la tlhaho (normal adjective). Mohl. bonahala,
shebahala, etsahala, utloahala, nyatseha, ngoleha, rateha, jj. (bap. lekgethi).
Ketsahalo (ke-tsa-ha-law) /event, situation/ Ketso ya ho etsahala: ho hlaha hoa
boemo bo hohelang mahlo; ho hlaha hoa ketso e sa lebelloang kapa e lebelletsoeng;
boemo ba se nkang sebaka kapa se tsoelang pele.
Ketsahalo (ke-tsa-ha-law) /scene, scenerio, episode/ Boemo ba se etsahalang, se
shebiloeng kapa se mametsoeng.
Ketsahalo (//) /action/ Ketso eo hangata e etsahalang ntle le tshutsumetso ya boemo
ba moetsuwa. Ketso e etsahalang ka boyona ntle le moetsuwa. /bon. diketsahalo/.
Ketsahatso (ke-tsa-hats-aw) /implementation, fulfilment/ Ketso ya ho etsahatsa
kapa ho etsa hore ntho e etsahale; boemo ba ho bontsha tema kapa ho phethahatsa.
Ketsahatso (ke-tsa-hats-aw) /animation/ Mokgoa wa ho kenya tsitsinyeho ho ntho e
bonahalang e sa tsitsinyehe; ketso ya ho etsa hore ntho e etse ketso.
Ketseletso (ke-tse-le-tso /accusation/ Ketso ya ho etseletsa kapa ho buela motho
emong leshano. Puo e hlokang nnete kapa bonnete. Maka a tletseng kapa a nonneng.
Ketsetsano (ke-tse-tsa-naw) /reciprocal verb/ Ketso e bontshang hore se etsahalang
se pakeng tsa moetsi le moetsuwa. Pontsho kapa sesupo sa hore moetsi o etsa ketso
ho moetsuwa, mme moetsuwa le yena o e etsa ho moetsi. Mohl. Hatana, chakelana,
otlana, shebana, utloana, ngangisana, mathisana, jj. (bap. leetsane).
Ketsetso (ke-tse-tso) // Ketso e bontshang hore moetsi wa ketso o etsa se itseng ho
moetsuwa. Ketso e bontshang hore motho o thusa e mong ka ho mo etsetsa ntho e
itseng. Mohl. hatela, chakisa, otlela, shebela, utloisa, nepisa jj. (bap. leetsetso).
Ketsisiso (ke-tsi-si-so) /repetitive verb/ Ketso e bontshang hore se etsoang se etsoa
hangata ho fihlela boemo bo batloang bo fihlelloa, kapa ho toboketsa le ho hlakisa
ntlha kapa sepheo sa moetsi. Mohl. Hatikela, otlisisa, shebisisa, utloisisa, nepisisa, jj.
193
194
Ketsiso (ke-tsi-saw) /causative verb/ Ketso e bontshang hore moetsi o baka hore
ntho e etsahale ho motho kapa ntho e itseng. Ketso ya ho etsisa kapa ho baka hore
motho kapa ntho e etse ketso e itseng. Pako ya ketso kapa ketsahalo. Mohl. Hatisa,
chakisa, otlisa, shebisa, utloela, nepela, tlontlolla, jj. (bap. phetako, leetsisi).
Ketso (ke-tso) /act of/ Tlhaloso ya lereho kapa lebitso lefe kapa lefe ha eba leetsi
(verb). Lentsoe le bontshang kapa hlalosang lereho kapa lebitso ka ho bontsha leetsi
la semelo kapa la tlhaho. Mohl. Khato: ketso ya ho hata; chakelano: ketso ya ho
chakelana; kotlano: ketso ya ho otlana; chebano: ketso ya ho shebana; kutlisiso: ketso
ya ho utloisisa, jj. /bon. diketso/.
Ketsollo (kets-ul-law) /undo, undo verb, opposite/ Ketso e bontshang hore boemo
ba ketsahalo e itseng bo a fetoloa hore bo fapane le ba pele. Ketso ya ho etsolla se
entsoeng kapa se etsahalang. Mohl. Hata=hatoha, haka=hakolla, koba=kobolla, jj.
Keyo (ki-yaw) (ha keyo) /of the first person: not there/ Hoa mmuwi kapa motho
wa pele ya buang: ya sio sebakeng seo a blatloang ho sona; ya hlalosang kapa
bolelang ho se be teng hoa hae. Mohl. Ha le mpatla kajeno, ha keyo. Che, ngoaneso,
ha keyo kajeono ke kopa o tle hosane. (bap. Hoyo, leyo, ayo, eyo, boyo, yo).
Kga (kga) /to scoop, pluck/ Ho nka ka sekgello: ho nka metsi ka setshelo ho tloha
setshelong seseng; ho nka metsi ho tloha sedibeng kapa nokeng ho a tshela ka
nkgong kapa setshelong.
Kgaba (kga-ba) /decorative, decorate/ Ho ba ntle kapa motle ka ho kenya
mokgabiso; ho ntlefatsa sebopeho kapa tshobotsi ka ho kgabisa.
Kgaba (//) /table spoon/ Sesebedisoa se sebedisoang ho thusa ho ngoatha, fuduha le
ho ja dijo. /bon. dikgaba/.
Kgabana (kga-ba-na) /teaspoon/ Sesebedisoa se senyane se sebedisoang ho ngoatha,
fuduha le ho ja dijo. /bon. dikgabana/.
Kgabane (kga-ba-ni) /gentleman/ Motho wa metsamao e metle ya iphotlileng;
motho wa boitshaoro bo lokileng. /bon. Makgabane/ Tem. Bongata ba lebitso lena,
“kgabane” ha se “dikgabane” empa ke “makgabane”.
Kgabareng (kga-ba-re-ng) /eventually/ Qetellong ya ketsahalo kapa puo; phellong
kapa pheletsong ya ketsahalo kapa ketso e itseng. (bap. nengneng, sethathong).
Kgabedisa (kga-be-di-sa) /cut/ Ketsisiso ya ho kgabela: ho kgabela hantle.
Kgabela (kga-be-la) /cut, chop/ Ho poma moroho hore o be dikotoana; ho habela
semela se jewang hore se kgone ho phehoa kapa ho jewa. (bap. habela).
Kgabella (kga-bel-la) // Ho kgabela mmoho le; ketsetso ya ho kgabela.
Kgabetla (kga-be-tla) /whack, wallop/ Ho otla ka letsoho kapa ntho e itseng ha
bohloko hampe; ho nathaka le ho shapaka.
Kgabetlo (kga-be-tlaw) /whacking, walloping/ Ketso ya ho kgapetla: kotlo e
bohloko ka letsoho kapa ntho e itseng hampe haholo.
Kgabetse (kga-be-tse) /cut/ Bokgale ba ho kgabela. (bap. pomme).
Kgabetsoe (kga-be-tswe) /cut/ Boetsuwa le bokgale ba ho habela.
Kgabisa (kga-bi-sa) /decorate/ Ho ntlefatsa ka ho kenya mokgabo; ho etsa hore ntho
e be ntle ka ho kenyeletsa mokgabo. (bap. kgaba).
Kgabiso (kga-bi-saw) /decoration/ Ketso ya ho kgabisa: ho ntlefatsa ka ho kenya
mokgabo; ho etsa hore ntho e be ntle ka ho kenyeletsa mokgabo. (bap. mokgabiso).
Kgabo (kga-baw) /embellishment, ornamentation/ Ketso ya ho kgaba: ho ba ntle
kapa motle ka ho kenya mokgabiso; ho ntlefatsa ka sebopeho kapa tshobotsi ka ho
kgabisa. (bap. Mokgabo).
Kgabo (kga-bo) /ape/ Mofuta wa tshoene seka motho, e matsoho a malelele, le
sefuba se sephara. /bon. dikgabo/.
194
195
Kgabola (kga-bu-la) /mangle/ Ho tsenkolla ka meno ke phoofolo e hlaha kapa e
kgolo; ho senya tshobotsi kapa setho sa mmele ka ho ranthanya. (bap. mokgabodi).
Kgabolo (kga-bu-law) /mangling/ Ketso ya ho kgabola: ho tsenkolla ka meno ke
phoofolo e hlaha kapa e kgolo; ho senya tshobotsi kapa setho sa mmele ka ho
ranthanya. (bap. habola, khabolo).
Kgabutla (kga-bu-tla) // Ho hata lekgaba la poone kapa la dijalo ha bohlasoa; ho
hela hampe, ka tsela e hlokang kelo hloko.
Kgabutlo (kga-bu-tlo) // Ketso ya ho kgabutla: ho hata lekgaba la poone kapa la
dijalo ha bohlasoa; ho hela hampe, ka tsela e hlokang kelo hloko.
Kgadi (kga-di) // Ho kgadisetsa motho emong ka ho bontsha seo moetsi a nang le
sona; ho bontsha sejo kapa ntho e itseng ka ho qholotsa kapa ho phoqa. Tlh. Lentsoe
lena, “kgadi” le sebedisoa joalo ka lekgotsa moelelong o hlalositsoeng. (sheb.
kgadikgadi bakeng sa tshebediso).
Kgadikana (kga-di-ka-na) /fried fat/ Mafura a hadikeloeng; mafura a besitsoeng
mme a omella ho sebedisoa joalo ka sejo. /bon. Dikgadikana/.
Kgadikgadi (//) /exclamation: look what I have!/ Lekgotsha le bontshang hore
moetsi o kgadisa moetsuwa ka seo a nang le sona, haholo sejo. (bap. Kgadi).
Kgadisa (kga-di-sa) /entice, tantalize/ Ho etsa hore ntho kapa motho a lakatse ka ho
mmontsha ntho e itseng, haholo sejo. Ho hohela ka sejo kapa ketso e itseng; ho leka
kapa ho etsa hore motho a batle ho etsa ketso e itseng.
Kgadiso (kga-di-saw) /tantalization, enticement/ Ketso ya ho kgadisa: ho etsa hore
ntho kapa motho a lakatse ka ho mmontsha ntho e itseng, haholo sejo. Ho hohela ka
sejo kapa ketso e itseng; ho leka kapa ho etsa hore motho a batle ho etsa ketso e
itseng ka ho mmontsha se kgahlehang.
Kgaebane (kga-eba-ni) /hat/ Se roaloang hloohong joalo ka katiba. Seaparo sa
hlooho se setle haholo. /bon. dikgaebane/. Mael. Ho rolela kgaebane: ho bontsha
tlhompho ho motho ya entseng ntho e ntle haholo. Ho rolela motho katiba bakeng sa
ketso e ntle eo a e entseng; ho fana ka tlotla bakeng sa tlholo. Seo motho a se
fumanang bakeng sa ho hlompjoa le boemo ba hae ba tlholo.
Kgafa (kga-fa) /to pay/ Ho lefa; ho fana ka chelete bakeng sa ho reka.
Kgafetsa (kga-fe-tsa) /often, everytime, each time/ Ka nako tsohle; nako le nako; e
etsahalang ka mora nako e kgutshoanyane kapa nako le nako. (bap. sewelo). Tem.
Lentsoe lena “kgafetsa” le na le ho sebedisoa le iphetha nako e ngata ho toboketsa se
boleloang joalo ka: “kgafetsakgafetsa”. (mm. Kgafetsa-kgafetsa).
Kgafisa (kga-fi-sa) /to tax/ Ketsiso ya ho kgafa; ho lefisa kapa ho etsa hore motho a
ntshe chelete bakeng sa lekgetho kapa ntho e rekiloeng.
Kgafiso (kga-fis-aw) /taxation/ Ketso ya ho lefisa lekgetho: tefo ya karoloana ya
chelete e lefjoang mmusong. (bap. kgafo).
Kgafo (kga-fu) /tax/ Karolo ya chelete ya moputso e fuwang mmuso ke motho ya
sebetsang; chelete e sebedisoang ho lefa mmuso. /bon. Dikgafo/
Kgafola (kga-fu-la) (khafola) /eject/ Ho tshoela ka baka la khulo ya moya e bakoang
ke ho kgohlela.
Kgafolo (kga-fu-law) (khafolo) /ejection/ Ketso ya ho kgafola: ho tshoela ka baka la
khulo ya moya e bakoang ke ho kgohlela.
Kgahla (kga-hla) /attract, content/ Ho hohela ka botle, chebahalo e ntle kapa
diketso tse ratehang. (mm. Kgahlang, kgahlisa, kgahlisoa, kgahlile, kgahliloe).
Kgahla (kga-hla) (Khahla) /gladiolus/ Mofuta wa semela se behang dithunthuru tse
kgubetsoana le mahaba a matenya a matalana; se sebedisoang haholo joalo ka
mokgabiso wa diotloana kapa dirapana. /bon. Dikgahla/.
195
196
Kgahlakgahla (kga-hla-kga-hla) /abundance, abundant/ E ngata haholo; e tletseng
haholo ha e fanoa; e phophomang. (bap. Moqeqeko, kgaphukgaphu).
Kgahlameditse (kga-hla-me-di-tse) /met half way/ Bokgale ba ho kgahlametsa.
Kgahlameditsoe (kga-hla-me-di-tswe) // Boetsuwa le bokgale ba ho kgahlametsa.
Kgahlamela (kga-hla-me-la) /have an effect on/ Ho ba le tshutshumetso ho; ho baka
hore phetoho e itseng e ame boemo.
Kgahlamelo (kga-hla-melaw) /repercussion, blacklash/ Se bakang phetoho ya
boemo: se bontshang ditlamorao tse itseng (tse mpe kapa tse ntle).
Kgahlametsa (kga-hla-me-tsa) /meet half way/ Ho atamela pela motho kapa ntho e
tlang; ho ya nqa ya motho ya tlang. Ho ya kopana le motho ya tlang empa a so fihle
moo a tlang teng Tem. Mantsoe, “kgahlametsa” mmoho le “hlakametsa” a na le
meelelo e tshoanang le ha lentsoe la bobedi le utloahala joalo ka la puo ya Sekone
hofeta Sesotho. (bap. hlakametsa).
Kgahlametse (kga-hla-me-tse) // Bokgale ba ho kgahlamela.
Kgahlametso (kga-hla-mets-o) /meeting half way/ Ketso ya ho kgahlametsa: tloaelo
ya ho ya kopana le motho ya tlang empa a so fihle moo a tlang teng.
Kgahlametsoa (kga-hla-me-tswa) /met half way/ Boetsuwa ba ho kgahlametsa.
Kgahlana (kga-hla-na) /come accross/ Ho kopana tseleng ka tshohanyetso kapa ka
kotsi: ho kopana ntle le ho rera. (bap. kopana).
Kgahlana (kga-hla-na) /attract each other/ Ketsetsano ya ho kgahla.
Kgahlano (kga-hla-naw) /attraction/ Ketso ya ho kgahlana: ho ratana hoa batho ba
babedi; ho utloisisana ka tsa lerato.
Kgahlano (kga-hla-naw) /meeting, coming accross/ Seboka sa batho ba bangata;
kopano ya batho sebakeng se itseng. Boemo ba ho kopana tseleng ka tshohanyetso
kapa ka kotsi: ho kopana ntle le ho rera.
Kgahlanong (kga-hla-nu-ng) /against/ Se, ho, ya, ba sa dumellaneng le ketso kapa
ketsahalo e itseng; boemo ba ho se dumellane le ketso e itseng.
Kgahleha (kga-hle-ha) /lovely/ Ketsahalo ya ho kgahla: ho hohela ka botle,
chebahalo e ntle kapa diketso tse ratehang.
Kgahleho (kga-hle-haw) /loveliness/ Ketso ya ho kgahleha: boemo ba ho hohela ka
botle, chebahalo e ntle kapa diketso tse ratehang.
Kgahlela (kga-hle-la) /bang, bash, bump, slam/ Ho otlanya lehlafi ha bohloko; ho
batanya monyako hampe ha o koaloa. (bap. otlanya).
Kgahleledi (kga-hle-le-di) /clay balls game/ Letsopa le entsoeng pitikoe, la omisoa
ka mora ho kengoa thutsoana, mme ho bapaloa ka lona ka ho le potapotisa hodima
letlapa kapa sebakeng se thatafetseng. Papadi ya dipitikoe tsa matsopa a omisitsoeng
kapa a thatafetseng. /bon. dikgahleledi/. (mm. Khahleleli).
Kgahlelo (kga-hle-law) /bang, banging, slamming/ Ketso ya ho kgahlela: mokgoa
wa ho otlanya lehlafi ha bohloko; ho batanya monyako hampe ha o koaloa.
Kgahlile (kga-hli-le) /attracted/ Bokgale ba ho kgahla.
Kgahliloe (kga-hli-lwe) /attracted/ Boetsuwa le bokgale ba ho kgahla.
Kgahlisa (kga-hli-sa) /gratify/ Ketsiso ya ho kgahla: ho etsa hore motho a kgotsofale
ka ho etsa ketso e ntle. (bap. kgotsofatsa).
Kgahlisitse (kga-hli-si-tse) /gratified/ Bokgale ba ho kgahlisa.
Kgahlisitsoe (kga-hli-si-tswe) // Boetsuwa le bokgale ba ho kgahlisa.
Kgahliso (kga-hli-so) /gratification/ Ketso ya ho kgahlisa: mokgoa wa ho etsa hore
motho a kgotsofale ka ho etsa ketso e ntle. Ponahatso ya ketso e ntle ka sepheo sa ho
kgotsofatsa. Boemo ba ho baka ho ratoa.
Kgahlisoa (kga-hli-swa) /gratified/ Boetsuwa ba ho kgahla.
196
197
Kgahlo (kga-hlaw) /attraction, attractiveness/ Ketso ya ho kgahla: ho hohela ka
botle, chebahalo e ntle kapa diketso tse ratehang.
Kgahloa (kga-hlwa) /attracted/ Boetsuwa ba ho kgahloa.
Kgaitsedi (kga-its-e-di) /sister/ Ngoaneso e motshehadi. Motho e motshehadi eo
mmae le ntatae eleng batsoadi baka. Ngoababo moshenyana e motshehadi. Ngoanana
ya moholo kapa ya monyane ho nna eo re amanang ka batsoadi le yena. /bon.
bokgaitsedi/ Tem. Bongata ba batho ba Basotho ba sebedisa lentsoe, “ausi” le ha le
utloahala joalo ka lebitso la Afrikaans, “ousie” le ha ho sena bonnete ba hore ebe ke
lentsoe la tlholeho la puo eo hobane ba sebedisa lentsoe, “suster” bakeng sa
kgaitsedi. (bap. ausi, abuti/.
Kgajoane (kga-jwa-ne) /Steppe Buzzard, jackal buzzard/ Mofuta wa Nonyana ya
lelapa la phakoe; e jang nama; e mokokotlo kapa bokahodimo bo botsho le bokatlase
bo bosweu; e mapheo a matla le setono se sekgunong; e fumanoang haholo dilomong
tsa dithaba le matsoapo a malelele. /bon. Dikgajoane/. (mm. Khajoane). (bap.
Kgatajoe).
KGAJOANE (KHAJOANE)
Kgaka (kga-ka) /guinea fowl/ Mofuta wa nonyana e tsamayang ka ho thoena, e
kopantseng mebala e mesoeu le e metsho. /bon. dikgaka/ (mm. khaka).
Kgakantsha (kga-ka-nts-ha) /masquerade/ Ketsiso ya ho kgakanya: ho baka boemo
boo eseng bona; ho iketsa ntho eo eseng yona; ho baka maikutlo kapa mokgoa o
fapaneng le oo eleng ona. (bap. ikgakantsha).
Kgakantsho (kga-kants-haw) /masquerading/ Ketso ya ho kgakanya: pako ya
boemo boo eseng bona; ho iketsa ntho eo eseng yona; ho baka maikutlo kapa mokgoa
o fapaneng le oo eleng ona. (bap. boikgakantsho).
Kgakanya (kga-kan-ya) /to disguise/ Ho etsa eka ho ka tsela e itseng ho se joalo; ho
iketsa seo o seng sona. Ho iphapanya. Ho etsa eka motho ha a utloe letho, empa a
utloa ka botlalo.
Kgakanyo (kga-kan-yaw) /disguise/ Ketso ya ho kgakanya: ho etsa eka ho ka tsela e
itseng ho se joalo; ho iketsa seo o seng sona. Ho iphapanya. Ho etsa eka motho ha a
utloe letho, empa a utloa ka botlalo.
Kgakeditse (kga-ke-di-tse) /acceded/ Bokgale ba ho kgaketsa.
Kgakeletsa (kga-ke-le-tsa) /bear up/ Ho beha setshelo kapa matsoho sebakeng seo
ho nkoang kapa ho amoheloang se tsheloang kapa se fanoang. Ho amohela se
tsholohang ka matsoho kapa ka setshelo.
Kgakeletso (kga-ke-le-tso) /bearing up/ Ketso ya ho kgakeletsa: ho beha setshelo
kapa matsoho sebakeng seo ho nkoang kapa ho amoheloang se tsheloang kapa se
fanoang. Ho amohela se tsholohang ka matsoho kapa ka setshelo.
Kgaketla (kga-ke-tla) /shell/ Bokantle ba peo ya semela bo nang le letlalo le thata;
bokantle bo thata ba letlalo la phoofotsoana tse itseng. /bon. dikgaketla/.
Kgaketlana (kga-ke-tla-na) /small shell/ Kgaketla e nyane. /bon. Dikgaketlana/.
Kgaketsa (kga-ke-tsa) /to be gratefull, accede/ Ho bontsha kananelo ka matsoho ka
ho amohela seo ho fanoang ka sona; ho bontsha tlhompho ka matsoho ka ho leboha
seo ho fanoang ka sona. Mokgoa wa ho leboha ka matsoho. (bap. leboha).
197
198
Kgaketso (kga-ke-tso) /hand gratitude, accedence/ Ketso ya ho kgaketsa: ho
bontsha kananelo ka matsoho ka ho amohela seo ho fanoang ka sona; ho bontsha
tlhompho ka matsoho ka ho leboha seo ho fanoang ka sona. Mokgoa wa ho leboha ka
matsoho ka sepheo sa ho dumela se fanoang.
Kgaketsoa (kga-kets-wa) // Boetsuwa ba ho kgaketsa. (bap. teboho).
Kgakgatha (kga-kgat-ha) /disfigure/ Ho senya sefahleho ka ho shapa; ho otla ka
tsela e bohloko, e senyang tshobotsi; ho nathaka ka sepheo sa ho lematsa.
Kgakgathaka (kga-kgat-ha-ka) /to disfigure repeatly/ Phethako ya ho kgakgatha:
ho kgakgatha molebe; ho natha ntle le ho emisa; ho otla ka makgetlo a mangata.
Kgakgathako (kga-kgat-ha-kaw) /double disfiguring/ Ketso ya ho kgakgathaka: ho
kgakgatha molebe; ho natha ntle le ho emisa; ho otla ka makgetlo a mangata.
Kgakgathile (kga-kga-thi-le) // Bokgale ba ho kgakgatha.
Kgakgathiloe (kga-kga-thi-lwe) // Boetsuwa le bokgale ba ho kgakgatha.
Kgakgatho (kga-kgat-haw) /disfiguring/ Ketso ya ho kgakgatha: tshenyo ya
sefahleho ka ho shapa; kotlo ka tsela e bohloko, e senyang tshobotsi; nathako ka
sepheo sa ho lematsa tshobotsi kapa mmele.
Kgakgathoa (kga-kgat-hwa) // Boetsuwa ba ho kgakgatha.
Kgakgatsa (kga-kga-tsa) /gargle/ Ho kenya motsoako wa moriana o metsi ka hanong
ebe o wa tsitsinyoa bakeng sa ho fedisa bokudi ba mmetso, qoqotho kapa lehano.
Kgakgatso (kga-kga-tso) /gargling/ Ketso ya ho kgakgatsa: mokgoa wa ho kenya
motsoako wa moriana o metsi ka hanong ebe o wa tsitsinyoa bakeng sa ho fedisa
bokudi ba mmetso, qoqotho kapa lehano.
Kgakgaulane (kga-kga-ula-ne) /iron rod/ Molamu wa tshepe. /Bon. Dikgakgaulane/
Kgala (kga-la) /greedy/ E moharo, e batlang dijo tse ngata; e labalabelang dijo
hofeta tekanyo; e pelo e telele. Ya kapa e boemong ba ho rata dijo haholo.
Kgala (kga-la) /crab/ Mofuta wa phoofotsoana ya metsing e maoto a mangata a
hlabang, e kgaketla e thata, e kgonang le ho tsamaya naheng. (bap. lekgala). Mael.
Kgala e bidietsa ntsele: Bahlabani ba loana ka matla ho tshireletsa morena wa bona;
kapa motho o tshireletsa seng sa habo. Mael. Ho diela dikgala: ho qetella taba; ho
akaretsa se boleloang; ho hlalosa ka ho phethela puo.
Kgalabolokoe (kga-la-bu-law-kwe) /dung beetle/ Mofuta wa kokoanyana e kgaketla
e thata e phelang ka ho theta mantle a diphoofolo kapa a batho bakeng sa ho a etsa
pokeletso ya dijo. /bon. dikgalabolokoe/ (mm. Kgalabolokwe).
KGALABOLOKOE
Kgalala (kga-la-pa) /of a person, star/ Setsebi sa mmino; sebini se hloahloa, se
tsebahalang haholo. /bon. dikgalala/ (bap. Kgeleke, kakarapa, kakapa).
Kgalapa (kga-la-pa) (khalapa) /compliment food/ Sejo, dijo kapa ntho e fanoang ka
lebaka la ho leboha ya faneng ka tse itseng pejana. /bon. dikgalapa/ Mael. Kgalapa
di a buseletsana: batho ba etsetsanang tse ntle ba kgutlisetsana botle mmoho.
Kgalapetsa (kga-la-pe-tsa) /nasalize/ Ho bua ka mahalapa. (mm. khalapets).
Kgalapetso (kga-la-pe-tso) /nasalization/ Ketso ya ho kgalapetsa kapa ho bua ka
mahalapa. (mm. khalapetso).
Kgalase (kga-la-se) /glass/ Seetsoa se entsoeng ka motsoako wa lehlabathe o
thubehang oo hangata o kgonang ho bontsha bokahare ba sona. /bon. Dikgalase/.
198
199
Kgale (kga-le) /long time ago, old, olden, stale/ Nako e fitileng; nako e ka mora
maobane kapa hona joale; motsotso le motsotsona o fetileng. Selemo kapa dilemo tse
fetileng. Mael. Metsi a macha a ntsha a kgale: bokgoni ba mohlankana kapa morati
ya kgonang ho nkela emong moratuwa kapa kgarebe ya hae ka tsa marato.
Kgaleha (kga-le-ha) (kgalea) /fall asleep/ Ho robala ka botlalo: ho tshoaroa ke
boroko kapa ho borokong; ho ba boemong ba ho se utloe letho ka baka la boroko.
Kgalehile (kga-le-hi-le) /fast asleep/ Ketsahalo le bokgale ba ho kgaleha: e kapa ya
boemong ba boroko kapa ho phomotsa kelello ka ho kgaleha le ho se nahane tse
etsahalang nakong ya ho tsoha.
Kgalehisa (kga-le-hi-sa) /cause to sleep/ Ketsiso ya ho kgaleha: ho baka boroko.
Kgalehisoa (kga-le-hi-swa) // Boetsuwa ba ho kgaleha.
Kgalekgale (//) /very long time ago/ Mehleng ya boholoholo pele ntho tsa kajeno di
etsahala; nako e fetileng, e hole haholo; nako e morao haholo. (bap. Sekgalekgale).
Kgalema (kga-le-ma) /rebuke, reprimand, remonstrate/ Ho joetsa motho ka thata
ho tlohela diketso tse mpe; ho eletsa ka thata; ho fa maele ka baka la lerato.
Kgalemana (kga-le-ma-na) /advice each other/ Ketsetsano ya ho kgalema.
Kgalemela (kga-le-me-la) /remonstrate/ Ho joetsa motho ka thata ho tlohela diketso
tse mpe; ho eletsa ka thata; ho fa maele ka baka la lerato.
Kgalemelo (kga-li-me-law) /remonstration, scolding/ Ketso ya ho kgalemela:
tloaelo ya ho joetsa motho ka thata ho tlohela diketso tse mpe; keletso e thata; ho fa
maele ka baka la lerato.
Kgalemetse (kga-le-me-tse) /remonstrated, scolded/ Bokgale ba ho kgalema.
Kgalemetsoe (kga-le-me-tswe) /reprimanded/ Boetsuwa le bokgale ba ho kgalema.
Kgalemo (kga-li-maw) /a reprimand/ Ketso ya ho kgalema: ho omanya bakeng sa
phoso e entsoeng; ho buisana le motho ka thata bakeng sa ho lokisa botlaila.
Kgalo (kga-lu) /exclamation: sudden sojourning/ Lekgotsa le bontshang ho
fapohela hanghang ntle le morero. Lentsoe le bontshang ho fapohela ka potlako.
Kgalodi (kga-lo-di) (khaloli) /Mountain Wheatear/ Mofuta wa Nonyana e phatshoa
(botsho le bosweu); e fumanong haholo dibakeng tsa dithaba tse majoe, dilomo le
mafika; e nang le maoto a matsho. /bon. Dikgalodi/. (mm. Letšoana-tšoana,
Letšoanafike).
KGALODI (KHALOLI)
Kgama (kga-ma) /strangle, throttle/ Ho koala moya ka ho bipetsa; ho thibela ho
hema ka ho beha ntho e itseng molaleng kapa molomong; ho thibela phefumoloho.
Kgama (kga-ma) /tsessebe, waterbuck/ Mofuta wa phoofolo ya naheng, seka nare,
eo hangata e fumanoang dibakeng tse pela diphulana kapa dinokeng le moo holeng
metsi. /bon. dikgama/ Tem. Mmadi a ele hloko hore dikgama di na le mefuta e
mengata, e fapaneng.
Kgamelo (kga-mel-aw) /milk container/ Emere ya lebese; setshelo se sebedisoang
ho tshela lebese; nkgo ya lebese. /bon. dikgamelo/ (bap. Lekopotsi, mmolopita).
Kgamo (kga-maw) /strangling, throttling/ Ketso ya ho kgama: ho koala moya ka ho
bipetsa; ho thibela ho hema ka ho beha ntho e itseng molaleng kapa molomong; ho
thibela phefumoloho.
199
200
Kganano (kga-na-naw) (khanano) /incompatebility/ Ketso ya ho hanana: ho se
dumellane ka diketso kapa ditloaelo; ho ba le maikutlo a fapaneng; ho se tshoane ka
mekgoa.
Kganathela (kga-nat-he-la) /stick to, adhere/ Ketsahalo ya ho kganathetsa: ho
mamareloa ke ntho e itseng; (bap. mamarela, qamathela, kgoakgathela).
Kganathelo (kga-nat-hel-aw) /sticking to, adhesiveness/ Ketso ya ho kganathela:
boemo ba ho dula hodima ntho ka ho mamarela.
Kganatheloa (kga-na-the-lwa) // Boetsuwa ba ho kganathela.
Kganathetsa (kga-nat-hets-a) /to stick/ Ho etsa hore ntho e mamarele kapa e dule
hodima ntho e itseng ka ho ngoaparela. (bap. mamaretsa, kgoakgoathela)
Kganathetse (kga-na-the-tse) // Bokgale ba ho kganathetsa: e boemong kapa
sebopeho sa ho kganathela.
Kganathetso (kga-nat-he-tso) /adherence/ Ketso ya ho kganathetsa: ho etsa hore
ntho e mamarele kapa e dule hodima ntho e itseng ka ho ngoaparela. Mokgoa wa ho
mamaretsa ka thata. (bap. mamaretso, kgoakgoathelo).
Kganathetsoa (kga-na-the-tswa) // Boetsuwa ba ho kganathetsa.
Kgang (kga-ng) /argument, debate/ Puo e hlokang tumellano kapa tharollo; boemo
ba ho se utloane ka puo; puisano e hlokang mohlodi. (bap. phapano) /bon. Dikgang/.
Kgang (kga-ng) /controversy, controversial/ Ketso e bakang dipuo tse sa feleng
ebile e ya lolololo; keakea ya taba e bakang kgang sechabeng kapa ba e mametseng;
tabahadi e mpe e bakang dikgohlang le ho se utloane. /bon. Dikgang/ Tem. Ka puo
ya Setswana lentsoe lena “kgang” le na le moelelo omong. (bap. pharela). Mael.
Kgang ya monna e kgaoloa ke letlaka: Bothata ba motho ya sa utloisiseng, manganga
kapa ya hlokang kutloisiso bo fedisoa ka ho bontsha ya tla hlola ntoa kapa
phehisano.??
Kgang-kgolo (kga-ng-kgu-lu) /main theme, topic/ Taba e ka sehlohlolong ya
letsatsi; tabahadi eo eleng yona e tshohloang sebokeng; puo e ka sehlohong.
Kgangoa (kga-ng-wa) // Boetsuwa ba ho kgama. (mm. Kgangwa).
Kganngoe (kgan-ng-we) // Bokgale le boetsuwa ba ho kgama. (mm. Kganngwe).
Kganna (kgan-na) /drive/ Ho qhoba koloi kapa sepalangoang; ho qhoba motho kapa
phoofolo ka ho tsamaya ka morao. Ho isa pele.
Kgannile (kgan-ni-le) // Bokgale ba ho kganna.
Kganniloe (kgan-ni-lwe) // Boetsuwa le bokgale ba ho kganna.
Kganno (kgan-naw) /driving/ Ketso ya ho kganna: qhobo ya sepalangoang, phoofolo
kapa motho; ho tsamaisa phoofolo, sepalangoang kapa motho ka ho isa pele.
Kgannoa (kgan-nwa) // Boetsuwa ba ho kganna.
Kgantsha (kga-nts-ha) /light/ Ho etsa hore ho bonahale ka ho etsa kganya; ho etsa
hore lefifi le fele; ho hotetsa lebone kapa motlakase hore ho bonahale. (bap. bonisa).
Kgantshetsa (kga-nts-he-tsa) /make light for/ Ketsetso ya ho kgantsha: ho etsetsa
kganya ka ho bonisa kapa ho fedisa lefifi.
Kgantshi (kga-nts-hi) /goose/ Mofuta wa nonyana e maoto a ho sesa, e molala o
molele, eo ka nako tse ding e ka ruuwang hae joalo ka seruuwa, empa yona e le kgolo
hofeta letata kapa kgoho. /bon. dikgantshi, makgantshi/ (bap. letata).
Kgantsho (kga-nts-haw) /lighting/ Ketso ya ho kgantsha: ho etsa hore ho bonahale
ka ho etsa kganya; ho etsa hore lefifi le fele; ho hotetsa lebone kapa motlakase hore
ho bonahale. (bap. poneso).
Kganya (kgan-ya) /light/ Boteng ba ponahalo ka baka la ho chaba hoa letsatsi,
kgoedi, naledi kapa lebone; bosio ba lefifi kapa botsho ba bosiu.
200
201
Kganyapa (kgan-ya-pa) /anaconda/ Mofuta wa sehahabi se seholohadi. Enngwe ya
dinoha tse kgolo haholo. /bon. dikganyapa/ (bap. tlhoare).
Kganyapa (kgan-ya-pa) /tornado/ Mofuta wa setsokotsane se matla ka ho fetisisa, se
tsamaisanang le pula e kopaneng le moya o fefolang le ho qoqola difate mmoho le ho
heletsa meaho. /bon. dokganyapa/ (bap. lehoduotsoana).
Kganyesa (kgan-yi-sa) /to light/ Ho etsa hore ho bonahale ka ho etsa kganya; ho etsa
hore lefifi le fele; ho hotetsa lebone kapa motlakase hore ho bonahale. Tlh. Lentsoe
le nepahetseng ke “kgantsha”. Lentsoe, “kganyesa” le tsamayelana ke la puo ya
Sekone, “khanyeza”. (bap. bonisa).
Kganyeso (kgan-yi-so) /lighting/ (sheb. Kgantsho bakeng sa tshebediso).
Kganyetso (kgan-ye-tso) /opposition/ Ketso ya ho hanyetsa: mokgoa wa ho etsa
diketso le dipuo tse kgahlanong le motho kapa mokgatlo omong. Tloaelo le boemo ba
ho ba mohanyetsi. (mm. khanyetso).
Kgaoha (kga-u-ha) /cutting, cut, separate/ Ho felloa ke kutloano ya puisano
mohaleng, haholo wa fonofono ya lethaka. Ho felloa ke kamano ya kopano. Mael.
Ho (tla) kgaoha moo ho kgoehlang: ho tla senyeha ho be thata haholo; ho tla ba
boima ka lebaka la se tla etsahala.
Kgaohana (kga-u-ha-na) /to separate/ Ketsetsano ya ho kgaoha. Ho felloa ke
bommoho kapa botsoalle; ho hlalana kapa ho arohana lenyalong kapa kutloanong.
Kgaohane (kga-u-ha-ni) /separated/ E boemong ba kgaohano.
Kgaohano (kga-u-ha-naw) /separation, divorce/ Ketso ya ho kgaohana: boemo ba
ho hloka kutloano ya ho ba mmoho; phelo ya lenyalo; ketso ya ho hlalana.
Kgaohile (kga-o-hi-le) // Bokgale ba ho kgaoha.
Kgaola (kga-u-la) /cut/ Ho poma ka ho arola; ho etsa hore ntho e be dikoto tse ngata.
Kgaola (kga-u-la) /suspend/ Ho ntsha mokgatlong, mosebetsing, boetapeleng kapa
boemong bo itseng ka ho leleka nakoana kapa molebe.
Kgaola (//) /resolve/ Ho rarolla bothata, qaka kapa bothata pakeng tsa batho kapa
mekga e mmedi kapa hofeta. Mohl. Kgang ya monna e kgaoloa ke letlaka. Ya kgaola
ya ya!
Kgaola (kga-u-la) /escape/ Ho kgona ho itokolla ditlamong ka sepheo sa ho baleha;
ho itlamolla ditlamong ka morero wa ho ja fatshe. Mohl. Ya kgaola ya ya!
Kgaolela (kga-u-le-la) /cut for, share for/ Ketsetso ya ho kgaola: ho thusa ho kgaola
kapa ho poma.
Kgaolelo (kga-u-le-law) /cutting for, sharing for/ Ketso ya ho kgaolela: thuso ya ho
kgaola kapa ho poma.
Kgaoletsa (kga-u-le-tsa) /abridge/ Ho etsa hore pale kapa lengolo le lelelele le be
lekgutshoanyane; ho kgutsufatsa lengolo la lenyalo, tlhaho kapa la lefu.
Kgaoletsa (kga-u-le-tsa) /make short cut/ Ho nka tsela e kgutshoanyane; ho tsamaya
ka tsela e sa potoloheng; ho paroletsa. (bap. Paroletsa).
Kgaoletsa (//) // Ho tsometsa motho a etsa ketso e mpe, a ipatile; ho thola motho a
etsa ketso e tshabehang ka boipato.
Kgaoletso (kga-u-le-tso) /abridgement, short cut/ Ketso ya ho kgaoletsa: mokgoa
wa ho etsa hore pale kapa lengolo le lelelele le be lekgutshoanyane; ho kgutsufatsa
lengolo la lenyalo, tlhaho kapa la lefu. Tshebediso ya tsela e kgutshoanyane kapa e
kgaoletsang. (bap. mohatla-kgoiti).
Kgaolo (kga-u-law) /cutting/ Ketso ya ho kgaola: ho poma ka ho etsa dikoto.
Kgaolo (//) /chapter/ Enngwe ya dikarolo tsa buka enang le dirapana tse
arohantsoeng ka ditemana. (bap. temana) /bon. Dikgaolo/.
Kgaotse (kga-o-tsi) // Bokgale ba ho kgaola.
201
202
Kgaotsoe (kga-ots-wi) // Boetsuwa ba ho kgaola. (mm. kgaotswe).
Kgaotsoe (kga-ots-wi) /excommunicated, suspended/ Ho ntshoa mokgatlong kapa
kerekeng; ho fedisa kamano ya motho le mokgatlo kapa mokga.
Kgapane (kga-pa-ne) /dry cow dung/ Masepa a kgomo a ommeng ha a sebedisoa
joalo ka patsi kapa mashala a ho besa mollo. Sebeso se entsoeng ka masepa a
ommeng a kgomo. /bon. dikgapane/ (bap. Sesu).
Kgapatsa (kga-pa-tsa) /to make abundant, adequate/ Hoa leruo: ho ba teng ka
bongata; ho fumana ka bongata; ho thola ka bongata.
Kgapatseha (Kga-pa-tse-ha) /adeguate, abundant, overflow/ Ketsahalo ya ho
kgapatsa: e teng ka bongata; e fumanoang ka bongata; e teng ka bongata.
Kgapatseho (kga-pa-tse-haw) /adeguacy, abundance/ Ketso ya ho kgapatseha:
phumano kapa phumaneho ka bongata; boteng ka bongata; tholahalo ka bongata.
Kgapatso (kga-pa-tso) /abundance/ Ketso ya ho kgapatsa: ho ba teng ka bongata; ho
fumana ka bongata; ho thola ka bongata.
Kgapha (kga-pha) /tear/ Metsi a bodila a tsoang leihlong nakong ya sello kapa
thabo. Metsi a tsoang mahlong ka baka la ho lla kapa ho thaba; seka metsi se hlahang
leihlong, se bodila, se bakoang ke ditsheho, sello kapa bokudi ba mahlo. /bon.
Dikgapha/ (bap. Keledi).
Kgaphakgapha (kga-pha-kga-pha) /more than adequate/ Se sengata haholo hofeta
kamoo ho hlokahalang ka teng; se sengata ho anela bohle. Se tletseng hofeta tebello.
Kgaphatseha (Kgap-ha-tse-ha) /adeguate, abundant, overflow/ Ketsahalo ya ho
kgapatsa: e teng ka bongata; e fumanoang ka bongata; e teng ka bongata. Tem.
Pitsetso ya lentsoe lena e habedi, eleng “kgapatseha” kapa “kgaphatseha”. Bobedi ba
mantsoe a nepahetse.
Kgaphukgaphu (kga-phu-kga-phu) /abundance, abundant/ E ngata haholo; e ngata
hofeta kamoo ho hlokahalang; e tletseng hofeta tekanyo e tletseng haholo ha e fanoa;
e phophomang. (bap. Moqeqeko, kgahlakgahla, mokato).
Kgaqa (kga-qa) /drown/ Ho kgangoa ke metsi; ho bipetsoa ke metsi. (bap. teba).
Kgaqisa kga-qi-sa) /make to drown/ Ketsiso ya ho kgaqa: ho etsa hore ntho e kgaqe
kapa e kgangoe ke metsi. (bap. tebisa).
Kgaqiso (kga-qi-saw) /drowning/ Ketso ya ho kgaqa: pipetso ka metsi; polao ka
metsi; ho kgangoa ke metsi.
Kgaratsa (kga-ra-tsa) /spiral aloe, aloe polyphylla/ Mofuta wa semela sa lelapa la
lekgala se hlokang makala; se bonahalang haholo matsatseng a tletseng joang le
mesiko ya dithaba tsa Lesotho ebile se kgona ho emela mefuta yohle ya maemo a
lehodimo, haholo mohatsela; se mahlaku a matenya a tletseng lero; se ka sebedisoang
joalo ka moriana. /bon. Dikgaratsa/. (mm. Kharatsa).
Kgare (kga-re) /head garment/ Sesebedisoa sa lesela kapa joang se bewang
hloohong bakeng sa ho thibela kukunelo ya ntho e roetsoeng e boima. /bon. dikgare/.
Kgare (kga-re) /crown/ Seka katiba se roaloang hloohong ke marena kapa
mafumahadi; katiba ya boreneng ya dikgosana, dikgosatsana, marena, mafumahadi
kapa motho wa boemo bo hodimo. /bon. dikgare/.
Kgarebe (kga-re-be) /girlfriend/ Mosetsana ya ratanang le mohlankana; ngoanana
ya ratanang le moshanyana; motho e motshehadi ya utloanang le e motona ka tsa
lerato. (bap. mohlankana).
Kgarejana (kga-re-ja-na) /little girlfriend/ Mosetsana e monyane ya ratanang le
mohlankana; ngoanana ya monyane dilemong ya ratanang le moshanyana; motho e
motshehadi, ya monyane, ya utloanang le e motona ka tsa lerato. /bon. dikgarejana/.
202
203
Kgarenate (kga-re-na-te) /grenate/ Seqhomane se senyane seo hangata se lahleloang
ka letsoho ho thuba, qhaqa kapa ho bolaya ka ho qhoma moo se lebisoang teng.
Kgaruma (kga-ru-ma) /reprimand, castigate, rebuke, chide/ Ho bua le motho kapa
ntho e itseng ha bohloko kapa ka tsela ya lentsoe le phahameng. Ho bua ka ho
bontsha ho kgena kapa ho koata.
Kgarumana (kga-ru-ma-na) /castigate each other/ Ketsetsano ya ho kgaruma: ho
kgaruma motho emong mme le yena a kgarume ya mo kgarumang.
Kgarumano (kga-ru-ma-naw) /castigation, rebuke/ Ketso ya ho kgarumo: puisano e
bohale pakeng tsa batho ba babedi.
Kgarumo (kga-ru-mo) /hauling/ Ketso ya ho kgaruma: puo le motho kapa ntho ka
tshebediso ya lentsoe le phahameng.
Kgasa (kga-sa) /crawl/ Ho tsamaya ka mangole fatshe; ho tsamaya ntle le ho hata ka
bokatlase ba maoto; ho tsamaya joalo ka ngoana ya so tsebeng ho tsamaya.
Kgasampa (kga-sam-pa) /belittle/ Ho nyenyefatsa motho ka dipuo ka baka la seemo
kapa boemo ba mmele wa hae. (bap. Mokgasampane, motasallane).
Kgasampo (kga-sam-paw) /belittling/ Ketso ya ho kgasampa: pontsho ya lenyatso
ho motho ya mosesane kapa ya mmele o monyane.
Kgase (kga-se) /gas/ Enngwe ya disebedisoa tsa moya tse sebedisoang bakeng sa
matla a ho kgantsha, ho pheha, ho batisa le ho etsa hore ho chese.
Kgasisa (kga-si-sa) /to make make crawl/ Ketsiso ya ho kgasa: ho etsa hore ntho
kapa motho a tsamaye ka mangole.
Kgaso (kga-saw) /broadcasting/ Ketso ya ho hasa: phatlalatso ya ditaba le
diketsahalo tsa tikoloho ka sealemoya kapa thelefishini. (mm. Khaso).
Kgaso (kga-saw) /crawling/ Ketso ya ho kgasa: motsamao ka mangole fatshe; ho
tsamaya ntle le ho hata ka bokatlase ba maoto; ho tsamaya joalo ka ngoana ya so
tsebeng ho tsamaya. (bap. khakhabo).
Kgasong (kga-saw-ng) (khasong) /broadcating corporation/ Moaho kapa sebaka
seo ho phatlalatsoang ditaba le diketsahalo tsa tikoloho teng. /bon. dikgasong/.
Kgatajoe (kga-ta-jwe) (khatajoe) /Ground Woodpecker/ Mofuta wa Nonyana e
tholahalang haholo naheng ya Lesotho le Afika Borwa; e fumanoang dibakeng tsa
dithaba le matsatsa; e bokatlase bo bokgubedu le bokahodimo bo bosoothoana bo
nang le metsero e mesweu; e phelang ka ho ja dikokonyana tse fumanoang haholo
patsing kapa difateng tsa naha. /bon. Dikgatajoe/. (mm. Mohetle). (bap. Kgajoane).
KGATAJOE (KHATAJOE)
Kgatala (kga-ta-la) // Podi ya poho; podi e tona e sa faoloang. ?? (bap. Thotolo).
Kgatampi (kga-tam-pi) // Sebaka sa mobu o tletseng majoe a koari le dikoti.
Kgatello (kga-tel-law) (khatello) /oppression/ Ketso ya ho hatella: Ho phedisa ha
bohloko ka ho isa tlase kapa ho etsa diketso tse hlokang botho kapa setho; ho phedisa
motho ka thata. Tshotlo ya motho kapa sehlopha sa batho.
Kgatello (kga-tel-law) (khatello) /pressure, compression/ Ketso ya ho hatella: ho isa
tlase ka ho beha kapa ho hata ka boima kapa ntho e boima.
Kgathala (kga-tha-la) /to get tired/ Ho felloa ke matla a mmele a ho sebetsa kapa ho
tsoela pele ka mosebetsi; ho lahleheloa ke mafolofolo a mmele kapa kelello; ho
203
204
keneloa ke mokgathala. Mael. Ho kgathala matla: ho ba boemong ba ho nyahama
pelo ka lebaka la ketso e sa lebelloang kapa e sa thabiseng.
Kgathaletsehe (kga-tha-le-tse-hi) /irrespective, irrespetively/ Ho etsahala hoa ketso
e itseng ho sa natsoe boemo, sebopeho kapa mokgoa. Ho tsa tsoteloe hore na ho hotle
kapa ho hobe. Mohl. Re tla tsamaya ho sa kgathaletsehe hore pula e ya na kapa che.
Kgathalla (kgat-hal-la) /to mind, heed, considerate, care/ Ho natsa motho kapa
ntho e itseng ka baka la ho e rata, mamela kapa ho batla ho e hlokomela.
Kgathalle (kga-thal-le) /inconsiderate, insensitive/ E sa natseng ditlhoko tsa
babang; ya sa tsotelleng letho ka motho emong. Ya senang taba le hore ho
etsahalang. Mohl. Mmuso ona ha o kgathalle ditletlebo tsohle tsa batho.
Kgathalletse (kga-thal-le-tse) // Bokgale ba ho kgathalla.
Kgathalletsoe (kga-thal-lets-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho kgathalla.
Kgathallo (kgat-hal-law) /minding, heeding/ Ketso ya ho kgathalla: pontsho kapa
sesupo sa ho natsa ka ho bontsha tlhokomelo, ho mamela le lerato.
Kgathalloa (kgat-hal-lwa) // Boetsuwa ba ho kgathalla.
Kgathatsa (kgat-ha-tsa) /exhaust, trouble/ Ketsiso ya ho kgathala: ho etsa hore
motho kapa ntho e felloe ke matla ka baka la mokgathala. Ho ama maikutlo a motho
ka diketso tse sa kgahliseng.
Kgathatseha (kgat-ha-tse-ha) /to worry/ Ho ba le maikutlo le monahano o hlokang
monate; ho ba le maikutlo a sa thabang.
Kgathatsehile (kgat-hats-he-ile) /worried, perturbed/ E kapa ya bontshang ho
kgathatseha; e kapa ya nang le maikutlo a ho ngongoreha; e kapa ya hlokang monate
monahanong kapa maikutlong. Bokgale ba ho kgathatseha.
Kgathatseho (kgat-ha-tse-haw) /worry, perturbation/ Ketso ya ho kgathatseha:
boteng ba maikutlo a ho ngongoreha; tlhokeho ya monate maikutlong a motho.
Kgathatso (kgat-hats-aw) /exhaustion, trouble/ Ketso ya ho kgathatsa: phediso ya
matla ka baka la mokgathala. Maikutlo kapa boikutlo ba ho se be monate ka lebaka la
ketso tse itseng. (bap. mokgathala).
Kgathetse (kga-the-tse) /tired, exhausted, fatigued/ E boemong ba mokgathala: e
felletsoeng ke matla a mmele a ho sebetsa kapa ho tsoela pele ka mosebetsi; e
lahlehetsoeng ke mafolofolo a mmele kapa kelello; e kenetsoeng ke mokgathala ebile
e keke ya hlola e thusa ka letho.
Kgatholla (kgat-hul-la) /invigorate, rejuvenate, bolster/ Ho etsa hore mmele le
kelello di be boemong bo phomotseng, bo lokolohileng.
Kgathollo (kgat-hul-law) /invigoration, rejuvenation/ Ketso ya ho kgatholla;
phomolo ya mmele le kelello. Matlafatso ya mmele le kelello.
Kgatholoha (kgat-hu-lu-ha) /relaxed/ Ketsahalo ya ho kgatholla: ho ba boemong bo
lokolohileng le maikutlo mmoho le mmele o phomotseng.
Kgatholoho (kgat-hu-lu-haw) /relaxation/ Ketso ya ho kgatholoha: boemo bo
lokolohileng le maikutlo, kelello mmoho le mmele o phomotseng.
Kgati (kga-ti) /skipping game/ Papadi ya ho tlola thapo e tshoeroeng ke batho ba
babedi ba e tsukutla, mme sebapadi se qhomaqhoma hodima yona. /bon. dikgati/.
Kgato (kga-taw) (khato) /step/ Boemo bo nkuwang bakeng sa ketsahalo e itseng.
Ketso ya ho etsa lethonyana ka ketsahalo e itseng. /bon. dikgato/ (bap. Bohato).
Kgato (kga-taw) /magnet/ Matla a khulo ya boima. /bon. dikgato/.
Kgatsela (kga-tse-la) /first cow‟s milk/ Lebese la kgomo e sa tsoa tsoala namane;
lebese la phoofolo, haholo le jewang, e qetang ho tsoala. (bap. motsididi, mahepu).
Kgau (kga-u) /gold medal/ Mpho, kgaebane kapa sekola sa kgauta se fuwang
mohlodi ya thotseng boemo ba pele tlhodisanong kapa papading. /bon. dikgau/.
204
205
Kgauhelo (kga-u-he-law) /mitigation, clemency/ Ketso ya ho hauhela: phano ya
mohau ho motho ya tlotseng molao; tshoarelo ya sekebekoa, motshoarua kapa
setlokotsebe. (bap. mohau).
Kgauho (kga-u-haw) /mercy/ Ketso ya ho hauha: pontsho kapa sesupo sa kutloelo
bohloko ho motho ya entseng phoso. (mm. Khauho).
Kgauta (kga-ut-a) (gauta)/gold/ Serafjoa sa maemo a hodimo se etsoang ka ho
chesoa le ho phehoa ka mollo o moholo hore se fetole mmala, mme se be le boleng.
Kgauteng (kga-ut-eng) (gauteng) /place of gold/ Sebaka se tletseng kgauta; mmo ho
rafjoang kgauta; sebaka se tummeng ka kgauta. Enngwe ya diprofinsi tsa Afrika
Borwa e tummeng ka kgauta. Morafo wa kgauta.
Kgefuditse (kge-fu-di-tse) /relaxed, rested/ Bokgale ba ho kgefutsa.
Kgefutsa (kge-fu-tsa) /relax, laze, rest/ Ho phomola ka mora mosebetsi o boima; ho
qhanolla kapa ho roba monakedi; ho ya butle.
Kgefutso (kge-fu-tso) /relaxation, resting/ Ketso ya ho kgefutsa: boemo ba phomolo
le ho roba monakedi ka mora mosebetsi; ho ya butle.
Kgehlepetsa (kge-hle-pe-tsa) /to abuse/ Ho utloisa bohloko mmeleng le kelellong;
ho sotla maikutlo le mmele ka diketso tse mpe, tse ronehang. (bap. kgohlopa).
Kgehlepetso (kge-hle-pe-tso) /an abuse, abusiveness/ Ketso ya ho kgehlepetsa:
kutloiso bohloko ya mmele le kelello; tshotlo ya maikutlo le mmele ka ketso tse sa
rateheng. Mohl. Kgehlepetso ya bana le basadi ke ntho e atileng morao tjena.
Kgekgenene (kge-kge-ne-ne) /sudden stoppage/ Ho ema tsi; ho ema ntle le ho
tsitsinyeha kapa ho thothomela.
Kgele (kge-le!) /exclamation: wow! Oh no!/ Lekgotsa le bontshang ho makalla
ketso kapa ketsahalo ho ya ka boemo ba yona. (bap. kgidi).
Kgeleke (kge-le-ke) /good singer/ Motho ya tsebang ho bina haholo; motho ya
tsebang ho tsanyaola. Kakarapa ya mmino. Kgalala ya mmino /bon. dikgeleke/.
Kgeleketsa (kge-le-ke-tsa) /to sing nicely/ Ho bina ha monate; ho tsanyaola ha
monate haholo. Ho bua joalo ka ha eka o wa bina.
Kgeleketso (kge-le-ke-tso) /nice singing/ Ketso ya ho kgeleketsa: tsebo ya ho bina;
puo seka pina.
Kgelele (kge-le-le) /exclamation: wow!/ Lekgotsa le bontshang ho makalla
ketsahalo e ntle kapa e makatsang. (bap. kgele!).
Kgella (kgel-la) /undermine/ Ho nkela motho kapa ntho e itseng tlase; ho bontsha
lenyatso ho motho ka ho mo nkela fatshe. Mohl. O rata ho kgella batho fatshe,
hobaneng? Keng ekare o nkgella fatshe, monna.
Kgella (kgel-la) // Ketsetso ya ho kga: ho thusa ho nka metsi kapa ho tshela metsi.
Kgelo (kge-lu) /exclamation: sojourn instantly/ Lekgotsa le bontshang ho fapohela
hanghang; ho tsoa tseleng kapelenyana. Mohl. Ke ile ka re kgelo mane motseng wa
bona ha ke ntse ke tsamaya.
Kgeloha (kge-lu-ha) /deviate, drift, err, stray, swerve/ Ho tsoa tseleng; ho etsa
ketso e sa batlahaleng; ho etsa phoso ka ho tsoa tseleng e lokileng; ho etsa sebe ka
mora botle.
Kgeloho (kge-lu-haw) /deviation, divergence, backsliding/ Ketso ya ho kgeloha:
boemo ba ho tsoa tseleng; ho etsa ketso e sa batlahaleng; ho etsa phoso ka ho tsoa
tseleng e lokileng; ho etsa sebe ka mora botle.
Kgelosa (kge-lu-sa) /mislead, deceive, bluff, misdirect/ Ho etsa hore motho a etse
phoso; ho thetsa wa heno ka ho mo lahlehisa; ho fa keletso e fosahatseng; ho lahla ka
dipuo kapa diketso tse mpe.
205
206
Kgeloso (kge-lu-saw) /deceiption, misleading, bluffing/ Ketso ya ho kgelosa: ho
etsa hore motho a etse phoso; ho thetsa wa heno ka ho mo lahlehisa; ho fa keletso e
fosahatseng; ho lahla ka dipuo kapa diketso.
Kgema (kge-ma) /go together, flock together/ Ho tsamaya mmoho le; ho ba le
kutloisisano le; ho ba ntja pedi (mael). Mael. Nonyana tsa siba leleleng di kgema
mmoho: batho ba mofuta le moetlo olemong ba tsamaya mmoho le ho etsa ditloaelo
tse tsoanang.
Kgema (kge-ma) /flock, herd, huddle, gallop/ Hoa diphoofolo: ho fula mmoho, ho
tsamaya mmoho, ho fofa mmoho le ho etsa ketso tse tshoanang.
Kgemisa (kge-mi-sa) /make a flock, herd/ Ketsiso ya ho kgema: ho etsa hore ntho
kapa batho ba tsamaye mmoho.
Kgemiso (kge-mi-saw) /flocking/ Ketso ya ho kgemisa: tloaelo ya ho etsa hore ntho
kapa batho ba tsamaye mmoho.
Kgemo (kge-maw) /togetherness/ Ketso ya ho kgema mmoho; boemo ba ho ba
sehlopha ka nako tse ngata; bommoho.
Kgena (kge-na) /angry/ Ho bontsha bosio ba ho thaba; ho hloka monyaka; ho hloka
monate moyeng. (bap. kwata).
Kgenela (kge-ne-la) /angry for/ Ketsetso ya ho kgena: ho kgena bakeng sa.
Kgenelo (kge-ne-law) /fury, expasperation, indignation/ Ketso kapa boemo ba ho
bontsha ho kgena, bohloko ba pelo, tlhokeho ya monyaka kapa bosio ba monate
maikutlong.
Kgenne (kgin-ne) /angry, acrimonious/ Bokgale ba ho kgena: e hlokang thabo kapa
monyaka. (bap. koatile).
Kgeno (kge-naw) /anger, acrimony/ Ketso ya ho kgena: pontsho ya bosio ba thabo,
monyaka kapa monate.
Kgentsha (kge-nts-ha) /anger, infuriate/ Ketsiso ya ho kgena: ho etsa hore motho a
se thabe; ho etsa hore motho a be le pelo e bohloko. (bap. kwatisa).
Kgentsho (kge-nts-haw) /infuriation/ Ketso ya ho kgentsha: boemo ba ho etsa hore
motho a se thabe; ho etsa hore motho a be le pelo e bohloko.
Kgentshoa (kgi-nts-hwa) // Boetsuwa ba ho kgena.
Kgepoha (kgep-u-ha) // Ketsahalo ya ho kgephola: ho tsoa boholong kapa karolong
ya ntho ka ho wela kapa ho ngoatheha; ho hlephoha ho ntho e itseng. (bap.
hlephoha).
Kgepoho (kge-u-haw) // Ketso ya ho kgephoha: ho tsoa boholong kapa karolong ya
ntho ka ho wela kapa ho ngoatheha; ho hlephoha hoa ntho e itseng. (bap. hlephoha).
Kgephola (kgep-hu-la) // Ho ngoatha kapa ho tlosa ntho e nyane ka ho hlephola
hanyane; ho nka kapa ho tlosa boholong.
Kgepholo (kgep-hu-law) // Ketso ya ho kgephola: tloso ya ntho e nyane ka ho
hlephola hanyane; ho nka kapa ho tlosa boholong.
Kgera (kge-ra) /to be off balance/ Ho lahleheloa ke taolo ya motsamao ka baka la ho
thella kapa ho thellisoa; ho lahleheloa ke taolo ya ho tshetlela ka baka la maoto a
fokolang, a sa tsepamang.
Kgerile (kge-ri-le) // Bokgale ba ho kgera.
Kgerisa (kge-ri-sa) /to make off balance/ Ketsiso ya ho kgera: ho etsa hore ntho
kapa motho a kgere.
Kgeriso (kge-ri-so) /off balance/ Ketso ya ho kgera: tahlehelo ya taolo ya motsamao;
ho lahleheloa ke taolo ya ho tshetlela ka baka la maoto a fokolang, a sa tsepamang.
Kgero (kge-raw) /off balance/ Boemo ba ho kgera: tahlehelo ya taolo ya motsamao
kapa tsepamo ya mmele; ho se tsebe ho tshetlela.
206
207
Kgesa (kge-sa) /single out, segregate, disfavour/ Ho sebedisa leeme bakeng sa ho
kgetha; ho bontsha tshekamelo ka ho fa kapa ho etsetsa. (bap. kgetholla).
Kgesa (kge-sa) /isolate/ Ho baka ho ba ka thoko ho batho kapa sehlopha.
Kgeseha (kge-se-ha) /disreputable, ignominious/ Hoa puo kapa ketsahalo: e mpe
haholo; e lokeloang ke ho kgesoa; e sa rateheng hohang; eo hoseng ya e ratang. (bap.
nyontsha).
Kgeseho (kge-se-haw) /reprehension, disrepute/ Ketso ya ho kgeseha: ho ba
boemong bo lokeloang ke kgeso; boemo ba ho se ratoe ka lebaka la bobe.
Kgeso (kge-saw) /prejudice, bias, inequity/ Ketso ya ho kgesa: pontsho kapa sesupo
sa kgethollo e itshetlehileng kakanyong; boteng ba leeme le bakoang ke kakanyo
kapa ho se tsebe hantle.
Kgesolla (kge-sul-la) /discriminate/ Ho etsetsa ka ho se lekane; ho fa ka tsela e
hlokang tekano; ho sebedisa kgethollo.
Kgesollo (kge-sul-law) /discriminatiom, inequality/ Ketso ya ho kgesolla:
ponahatso ya leeme; tlhokahalo ya ho lekana. (bap. kgethollo).
Kgetha (kget-ha) /choose, vote/ Ho qolla se batloang hara tse ngata; ho supa se
ratoang ka ho se qolla. Ho nka hara tse ding tse ngata.
Kgethahala (kget-ha-ha-la) /special, unique/ E sa tshoaneng le tse ding ka baka la
boemo, mokgoa kapa sebopeho sa yona.
Kgethahalo (kget-ha-ha-law) /uniqueness, special/ Ketso ya ho kgethahala: phapang
boemong, mokgoeng kapa sebopehong.
Kgethela (kget-he-la) /choose for/ Ketsetso ya ho kgetha: ho kgetha bakeng sa.
Kgethelo (kget-he-law) /choosing for/ Ketso ya ho kgethela. (bap. boikgethelo).
Kgetho (kget-haw) /choice/ Boemo ba ho qolla se batloang hara tse ngata; ho supa se
ratoang ka ho se qolla.
Kgetholla (kge-thul-la) /discriminate/ Ho etsetsa ka ho se lekane; ho fa ka tsela e
hlokang tekano; ho sebedisa kgesollo ho ya ka mmala, maemo, botona, botshehadi,
morabe kapa bodulo. (bap. Kgesolla).
Kgethollo (kget-hul-law) /apartheid, segregation/ Ketso ya ho kgetholla: boemo ba
ho etsetsa ka ho bontsha leeme ho ya ka mmala, maemo, botona, botshehadi, morabe
kapa bodulo. (bap. Kgesollo, palollo).
Kgetholloa (kge-thul-lwa) /discriminated against/ Boetsuwa ba ho kgetholla.
Kgethollotse (kge-thul-lu-tse) /discriminated/ Bokgale ba ho kgetholla.
Kgethollotsoe (kge-thul-luts-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho kgetholla.
Kgetlo (kge-tlaw) // (sheb. Lekgetlo bakeng sa tshebediso).
Kgetshe (kge-ts-hi) /exclamation: sudden down fall/ Lekgotsa le bontshang ho
wela mokoting kapa sekgetsheng, hanghang. Mohl. Ke ne ke tsamaya ha ke tla re
kgetshe ka mokoting!
Kgetshemela (kge-ts-he-me-la) // Ho wela sekgetsheng; ho wela mokoting o tibileng
haholo; ho wela lengopeng. Ho kena hara sekgetshe.
Kgetshemelo (kge-ts-him-el-aw) /quick sand trapping/ Ketso ya ho kgetshemela:
ho wela sekgetsheng kapa mokoting; ho wela mokoting o tibileng haholo wa mofero;
ho wela lengopeng. (bap. sekgetshe).
Kgetshemelo (kge-ts-him-el-aw) /sedimentation/ Pokeletso ya lehlabathe, mahohola
kapa ntho tse tsamayang le metsi botebong ba lewatle kapa moo honang le sekgetshe.
Kgetsi (kge-tsi) /knapsack/ Mokotla wa modisana oo hangata o jaroang lehetleng, o
tshelang ntho tsa bohlokoa tse nyenyane, ebile di sa imele. /bon. Dikgetsi/.
Kgidi (kgi-di) /exclamation: wow!/ Lekgotsa le bontshang ho makalla ketso kapa
ketsahalo ho ya ka boemo ba yona. (bap. kgele). Mohl. Kgidi! Ya tla ba ntle ntho!
207
208
Kgididi (kgi-di-di) /exclamation: wow!/ Lekgotsa le bontshang ho makalla
ketsahalo e ntle kapa e makatsang ka ho toboketsa. (bap. kgelele). Mohl. Kgididi! Ya
tla ba ntle ntho banna! Kgididi! A tla ba motle ngoana batho!
Kgile (kgi-le) // Bokgale ba ho kga.
Kgiloe (kgi-lwe) // Boetsuwa le bokgale ba ho kga.
Kgina (kgi-na) /to brake, stop/ Ho emisa sepalangoang kapa ntho e tsamayang; ho
thiba ntho hore e se tsamaya kapa e se thetehe. (Bap. sekgini, haneo, boriki).
Kgino (kgi-naw) /braking/ Ketso ya ho kgina: kemiso ya sepalangoang kapa ntho e
tsamayang kapa e ka thetehang. (bap. Sekgini).
Kginolla (kgi-nul-la) /unbrake, loosen/ Ketsollo ya ho kgina: ho etsa hore ntho e
emisitsoeng e tsamaye kapa e thetehe ka ho hatoha sekgini.
Kginollo (kgi-nul-law) /un-braking, loosening/ Ketso ya ho kginolla: ho etsa hore
ntho e emisitsoeng e tsamaye kapa e thetehe ka ho hatolla sekgini.
Kgirila (kgi-ri-la) /scrape, weed out, root out/ Ho tlosa lehola kapa joang ka
kgarafu kapa mohoma. Ho tlosa bokahodimo ba.
Kgirilo (kgi-ri-law) /scraping/ Ketso ya ho kgirila: tloso ya lehola kapa joang ka
kgarafu kapa mohoma. Tloso ya bokahodimo ba joang.
Kgisa (kgi-sa) // Ketsiso ya ho kga: ho thusa ho nka metsi sedibeng kapa moo a leng
teng bakeng sa motho emong. Mohl. Ke tla o kgisa metsi hobane ha o kgone.
Kgisana (kgi-sana) // Ketsatsano ya ho kga: ho kgella emong metsi mme le yena a
kgelle ya mo kgellang.
Kgitla (kgi-tla) /midnight/ Nako, hara mpa ya bosiu; bohare ba bosiu. (bap. nyele).
Kgitla (//) /jab, punch, tab/ Ho otla ka ho tebelaka; ho natha ka setebele. Mael. Ho
kgitla lejoe: ho ba boemong ba ho hloka mohlodi; ho ba boemong ba ho se dumellane
ka dipuo; ho se tsoelepele ka lebaka la ho hloka tumellano.
Kgitlo (kgi-tlaw) /jabing, tabing/ Ketso ya ho kgitla: ho otla ka ho tebelaka; ho
natha ka setebele.
Kgoaba (kgwa-ba) /of animal colour: grey with white spots/ Hoa mmala wa
phoofolo e tona: e thokoa enang le maroborobo a masoeu.
Kgoabana (kgwa-ba-ni) /of female animal: grey with white spots/ Hoa mmala wa
phoofolo e tshehadi: e thokoana enang le maroborobo a masoeu. (mm. khoabana).
Kgoabetlella (kgwa-be-tlel-la) /to strive/ Ho etsa dintho le ho leka ho ipatlela tse
batlahalang ka bowena ntle le thuso ya mang kapa mang; ho itshokolela ho fumana se
batlahalang ntle le thuso ya motho emong. (bap. ikgoabetlella).
Kgoabetlello (kgwa-be-tlel-law) /strive/ Ketso ya ho kgoabetlella: ho etsa dintho le
ho leka ho ipatlela tse batlahalang ka bowena ntle le thuso ya mang kapa mang; ho
itshokolela ho fumana se batlahalang ntle le thuso ya motho emong.
Kgoabitla (kgwa-bi-tla) /to scratch vigorously/ Ho ngoaya ha bohloko ka makgetlo
a mangata; ho ngoaya ka thata kgafetsa kgafetsa.
Kgoabitlo (kgwa-bitl-aw) /vigorous scratching/ Ketso ya ho kgoabitla: ho ngoaya
ha bohloko ka makgetlo a mangata; ho ngoaya ka thata kgafetsa kgafetsa.
Kgoacha (kgwa-cha) /creep/ Ho etsa lerata hara joang hoa ntho e hahabang; ho
tsamaya ka mpa ka ho etsa modumo hara mofero. (mm. kgwatjhasela).
Kgoachasela (kgwa-cha-se-la) /creep towards/ Ho etsa modumo hoa ntho e
hahabang hara joang kapa mofero empa e sa bonoe.
Kgoachaselo (kgwa-cha-sel-aw) /creeping/ Ketso ya ho kgoachasela: kutloahalo ya
sehahabi kapa nyamatsana hara mofero kapa joang bo boholo. (mm. kgwatjhaselo).
Kgoachola (kgwa-chu-la) // Ho ntsha sebakeng se patehileng; ho hlahisa pepeneneng
se neng se patehile. (bap. kgoasolla) (mm. Kgwatjhola).
208
209
Kgoacholo (kgwa-chu-law) // Ketso ya ho kgoachola: ho ntsha sebakeng se
patehileng; ho hlahisa pepeneneng se neng se patehile. (mm. Kgwatjholo).
Kgoadi (kgwa-di) /of a colour of male animal:/ Hoa mmala wa phoofolo e tona: e
maroborobo kapa e mebala e fapaneng letlalong leleleng. E mebala e qaqohaneng
ebile e fapane ho sa natsoe mofuta wa mmala. (bap. kgoatshana).
Kgoaela (kgwa-el-a) /hide, conceal/ Ho nka ntho e itseng ka ho e pata mmeleng hore
e se bonoe; ho utsoa kapa ho nka ka ho pata kaekae. (bap. pata).
Kgoaella (kgwa-el-la) /hide for/ Ketsetso ya ho kgoaela.
Kgoaello (kgwa-el-law) // Ketso ya ho kgoaela: mokgoa wa ho pata, haholo sejo, ka
sepheo sa ho fana ka sona pele moo ho uwang teng.
Kgoahla (kgwa-hla) /dry corn/ Poone e ommeng nakong tsa mariha; poone e thata, e
ommeng, e loketsoeng ho kgotholoa. /bon. dikgoahla/ (bap. lephurakgoahla).
Kgoakgoathela (kgwa-kgwat-he-la) /adhesive, sticky/ Ho ba hodima ntho ka tsela e
mamaretseng haholo; ho mamarela ka thata. (bap. kganathetse, kganathela).
Kgoakgoathelo (kgwa-kgwat-he-laa) /adhesiveness/ Boemo kapa ketso ya ho
mamarela hodima ntho ka thata ntle le ho tloha ha bonolo. (bap. sekgoakgoathedi).
Kgoakgoathetse (kgwa-kgwat-he-tse) /adhesive/ E boemong bo mamaretseng ka
thata haholo; e sa kgoneng ho tloha ha bonolo moo e mamaretseng teng.
Kgoakgoathetse (kgwa-kgwat-he-tse) // Bokgale ba ho kgoakgoathela.
Kgoale (kgwa-le) /field rat/ Mofuta wa tadi ya naheng e moreto, e jewang ke
batsomi kapa ba kgoasang ditadi. /bon. Dikgoale/.
Kgoale (kgwa-le) (khoale) /grey-winged Francolin/ Mofuta wa nonyana e masiba a
mathokoa a kenyeleditse le bosootho ebile e na le metsero e mesweu; e tholahalang
dithoteng tsa joang naheng ya Lesotho le Afrika Borwa. /bon. dikgoale/. Mael. Bana
ba kgoale ba bitsana ka molodi: moferefereng le bothateng bobong le bobong bana
ba motho ba batlana mme ba thusane. Tem. Nonyana ena e na le mefuta e mengata.
KGOALE (KHOALE)
Kgoana (kgwa-na) /edible rat, striped mouse/ Mofuta wa tadi ya naheng, e motsero
mokokotlong, e thokoa ka mmala, e jewang. /bon. dikgoana/. (mm. Khoana).
Kgoao (kgwa-u) (kgwao) /sceptism, doubt/ Ponahalo ya ho belaela; boteng ba ho se
tshepe. (mm. Khoao).
Kgoapha (kgwap-ha) // Ho kalama pere kapa phoofolo e kalangoang ka tsela eo
mokalami a kekeng a wela: ka tsela ya ho manamisa maoto mmeleng wa ntho e
kaletsoeng.
Kgoapho (kgwa-phu) // Ketso ya ho kgoapha kapa ho kalama pere kapa phoofolo e
kalangoang ka tsela eo mokalami a kekeng a wela: ka tsela ya ho manamisa kapa ho
mamaretsa maoto mmeleng wa ntho e kaletsoeng.
Kgoaqatsa (kgwa-qa-tsa) /yesterday beer/ Joala bo setseng maobane. Joala ba tsatsi
le fetileng. Tlh. Batho babang ba bitsa lentsoe lena, “qoakgatsa” kapa “qoakatsa” ha
lentsoe le nepahetseng ka Sesotho sa mmankgonthe e le “kgoaqatsa” kapa “selatsa”.
Kgoasa (kgwa-sa) /to hunt little animals/ Ho tsoma diphoofolo; ho batlana le
diphoofolo naheng ka sepheo sa ho di bolaya bakeng sa dijo. (bap. tsoma).
Kgoasitse (kgwa-si-tse) /hunted/ Bokgale ba ho kgoasa.
209
210
Kgoasitsoe (kgwa-si-tswe) // Boetsuwa le bokgale ba ho kgoasa.
Kgoaso (kgwa-so) /hunting of little animals/ Ketso ya ho kgoasa: patlo ya
diphoofolo tse nyane naheng ka sepheo sa ho di bolaya bakeng sa dijo.
Kgoasoa (kgwa-swa) (kgwaswa) /hunted/ Boetsuwa ba ho kgoasa.
Kgoasolla (kgwa-sul-la) /divulge/ Ho ntsha se patiloeng; ho hlahisa se patiloeng; ho
beha pepeneneng kapa phatlalatsa.
Kgoasollo (kgwa-sul-law) /divulging/ Ketso ya ho kgoasolla: ho ntsha se patiloeng;
ho beha pepeneneng kapa phatlalatsa.
Kgoatha (kgwat-ha) // Ho nka kapa ho thetsa dijo, mafura kapa ntho e itseng ka
monoana; ho lebisa monoana nthong ka sepheo sa ho nka kapa ho utloa tatso kapa
sebopeho sa yona.
Kgoathatha (kgwa-tha-tha) /cow rope/ Mofuta wa thapo, haholo ya letlalo e
sebedisoang bakeng sa ho tlama kgomo molaleng. /bon. Dikgoathatha/ (mm.
Khoathatha).
Kgoathela (kgwat-he-la) // Ketsetso ya ho kgoatha: ho thusa ho kgoatha.
Kgoathisa (kgwat-hi-sa) // Ketsiso ya ho kgoatha: ho etsa hore motho a kgoathe.
Kgoathiso (kgwat-hi-saw) // Ketso ya ho kgoathisa.
Kgoatho (kgwat-haw) // Ketso ya ho kgoatha: ho nka kapa ho thetsa dijo, mafura
kapa ntho e itseng ka monoana; ho lebisa monoana nthong ka sepheo sa ho nka kapa
ho utloa tatso.
Kgoatlella (kgwa-tlel-la) /persevere/ Ho tiisetsa le ha ho le thata; ho tsoela pele ka
ketso e itseng le ha ho haneha; ho tsitlallela ho phethisa qeto ya ketso leha ho le
boima. (bap. mamella, kgoabetlella).
Kgoatlello (kgwa-tlel-law) /perseverence/ Ketso ya ho kgoatlella: tiisetso le ha ho le
thata; tsoelopele ka morero o itseng le ha ho le boima. (bap. mamello, kgoabetlello).
Kgoatshana (kgwa-ts-ha-na) /of a female animal: colourful/ Hoa mmala wa
phoofolo e tshehadi: e maroborobo kapa e mebala e fapaneng letlalong leleleng. E
mebala e qaqohaneng ebile e fapane ho sa natsoe mofuta wa mmala. (mm. Kgoadi).
Kgoba (kgo-ba) /sculptoring/ Ho sebedisa letsopa, patsi kapa tshepe ho etsa
setshoantsho kapa sebopeho sa ntho e itseng. Mael. Ho kgoba matshoafo: ho kgutlisa
maikutlo; ho itshoara ka mora ho batla ho halefa.
Kgobe (kgaw-be) /cooked corn or sorghum seed/ Poone kapa mabele a potsoeng
kapa a kgothotsoeng a phehoa. /bon. dikgobe/. Mael. Ho hlaba kgobe ka lemao: ho
iketla kapa ho ja ha monate. Ho qhanolla ha monate.
Kgobeha (kgo-be-ha) /pliable/ Ketsahalo ya ho kgoba: ho ba boemong bo kgonang
ho fetola sebopeho kapa tshobotsi bakeng sa ho betloa. (bap. kobeha)
Kgobeho (kgo-be-haw) /pliableness, pliability/ Boemo ba ho kgobeha kapa ho
kgona ho fetola sebopeho kapa tshobotsi bakeng sa ho betloa. (bap. kobeho).
Kgobjoa (kgob-jwa) // Boetsuwa ba ho kgoba.
Kgoboela (kgu-bu-ela) /fume, rave, seethe, storm/ Ho hlasela ka bohale bo boholo;
ho futuhela ka tlhokofalo e kgolohadi; ho kgorohela ka pefo e kgolo.
Kgoboella (kgu-bu-el-la) /rage towards/ Ho hlasela ka bohale bo boholo ka sepheo
sa ho rohaka kapa ho itukisetsa ho loana. Ketsetso ya ho kgoboela.
Kgoboelletse (kgu-bu-el-le-tse) /fumed, raved/ Bokgale ba ho kgoboella.
Kgoboelletsoe (kgu-bu-el-lets-we) /fumed/ Boetsuwa le bokgale ba ho kgoboella.
Kgoboello (kgu-bu-el-la) /rage, raging/ Ketso ya ho kgoboella: tlhaselo ka bohale le
thohakano kapa ho batla ho loana. Boemo ba tlhaselo ka bohale bo boholo; phutuhelo
ka tlhokofalo e kgolo; kgorohelo ka ho bontsha pefo kapa ho kgena haholo.
Kgoboelloa (kgu-bu-el-lwa) /rage towards/ Boetsuwa ba ho kgoboella.
210
211
Kgoboelo (kgu-bu-elaw) rage, frenzy, fury/ Ketso ya ho kgoboella kapa boemo ba
tlhaselo ka bohale bo boholo; phutuhelo ka tlhokofalo e kgolo; kgorohelo ka ho
bontsha pefo kapa ho kgena haholo.
Kgobokanya (kgu-bu-kan-ya) /to assemble, to gather/ Ho bokella mmoho; ho beha
sebakeng seleseng ka ho etsa sekgotho kapa sehlopha.
Kgobokanyo (kgu-bu-kan-yaw) /gathering/ Ketso ya ho kgobokanya: ho etsa
sekgotho kapa pokello sebakeng seleseng.
Kgoborana (kgu-bu-ra-na) /gather/ Ho ba sebakeng seleseng hoa dikokoanyana
kapa diphoofotsoana. Ho dula mmoho.
Kgoborano (kgu-bu-ra-naw) /gathering/ Ketso ya ho kgoborana kapa ho ba mmoho
sebakeng seleseng hoa dikokoanyana kapa diphoofotsoana. Ho dula mmoho.
Kgochela (kgaw-che-la) /go toward deep end/ Ho kena moo ho patisaneng teng
kapa ho kena kgocheletsaneng. (bap. Kgoecha).
Kgocheletsane (Kgaw-che-le-tsa-ne) /dead end, cul de sac/ Sebaka se hare seo se
patisaneng se sa tsoeleng ka nqa enngwe. Mopatisane kapa sebaka se patisaneng
bakeng sa ho feta. (bap. Kgoechelletsane).Tem. mantsoe, “kgocheletsane” le
“kgoechelletsane” ana le meelelo e tshoanang. (mm. Khocheletsane, kgotjheletsane).
Kgodisa (kgo-di-sa) /confirm, prove/ Ketsiso ya ho kgoloa: ho etsa hore motho a
dumele kapa a amohele se buuwang kapa se etsahalang.
Kgodisa (kgo-dis-a) /hiccup/ Boemo ba ho hema eka moya o wa fela, bo etsahalang
ntle le taolo ya moetsuwa kapa moetsi, empa bo bakoa ke boemo ba ditho tsa mmetso
le kodu. (bap. thabe).
Kgodiso (kgo-di-saw) /confirmation, affirmation/ Ketso ya ho kgodisa: netefatso
ya taba kapa boemo bo itseng. (bap. Bopaki, boikgodiso).
Kgodiso (//) /pay day/ Nako ya ho fumana moputso ka mora mosebetsi; letsatsi leo
basebetsi ba tholang chelete ya mosebetsi ka lona.
Kgodisoa (kgo-di-swa) /assured/ Boetsuwa ba ho kgodisa.
Kgodisoa (kgo-di-swa) /renumerated/ Boetsuwa ba ho kgola.
Kgodu (kgo-du) /vegetable soup/ Metsi a meroho o phehiloeng mmoho le motsoako
wa lero la dinoko. /bon. Dikgodu/ (bap. moro, sopho) Tlh. Lentsoe le nepahetseng la
Sesotho ke “kgodu” hofeta “sopho”.
Kgodumodumo (kgo-du-mo-du-mo) /dragon, dinosaur/ Phoofolo enngwe ya tse
kgolohadi ka ho fitisisa eo ho nahanoang ke boramahlale hore e kile ya phela
dilemong tse ngata tse fitileng. Phoofolo ya ditshomo. /bon. Dikgodumodumo/ (mm.
Khodumodumo, kholumolumo).
DIKGODUMODUMO
MAMMOTH
TYRANNOSAUR
PTERODACTYL
211
212
DINOSUAR
TRICERATOP
BRONTOSAURUS
kgoebele (kgwe-bi-le) /akwardness/ Ka tsela eo motho a sa lokolohang; ka tsela e
thata e etsang hore motho a se lokolohe kapa ho be boima haholo ho phethahatsa se
itseng.
Kgoebeleng (kgwi-bi-le-ng) /awkward, cumbersome/ Boemo ba ho thatafatsa
dintho bakeng sa motho kapa ntho e itseng; tshokodiso ya motho ha a tlameha ho
fuwa kapa ho etsetsoa ntho e itseng. Mohl. Tshepe e jella kgoebeleng sebakeng seo
ho tletseng ditau ho sona. Mmampodi o re jesetsa kgoebeleng.
Kgoebisano (kgwe-bi-sa-naw) (khoebisano) /trading/ Ketso ya ho hoebisana: hoba
le kamano ya ho rekelana le ho rekisetsana; ho ba le kgoebo mmoho.
Kgoebo (kgwe-bo) /business, trade/ Ketso ya ho hoeba: Ho sebetsana le tsa thekiso
le theko; ho etsa mosebetsi wa ho reka le ho rekisa; ho etsa mosebetsi wa mohoebi
kapa rakgoebo. Thekiso le theko ya thepa. /bon. Dikgoebo/ (mm. Khoebo).
Kgoecha (kgwe-cha) /retreat/ Ho ya morao ka sepheo sa ho baleha; ho checha ka
sepheo sa ho sia kapa ho lesa; ho tsamaya ka santhao. (bap. Kgochela).
Kgoeche (kgwe-che) /exclamation: sudden retreat!/ Lekgotsa le bontshang ho
kgutlela morao hanghang ka sepheo sa ho qoba kotsi. Mohl. Hoba ba bone ditau
morung ba re kgoeche! (bap. Kgochela).
Kgoechella (kgwe-chel-la) /to retreat/ Ketsahalo ya ho kgoecha: ho ya morao; ho
sutha ka ho checha; ho tloha ka ho tsamaya kapa tsitsinyeha ka santharo.
Kgoechelletsane (kgwe-chel-le-tsa-ni) /back place/ Sebaka se morao haholo se
patisaneng; sebaka seo ho ka kgoechellang ho sona. (bap. Kgocheletsane, morao).
Kgoechello (kgwe-chel-law) /retreat/ Ketso ya ho kgoechella: ho ya morao; ho sutha
ka ho checha; ho tloha ka ho tsamaya kapa tsitsinyeha ka santharo.
Kgoechisa (kgwe-chi-sa) /send back/ Ketsiso ya ho kgoecha: ho isa morao.
Kgoechiso (kgwe-chi-saw) /sending back, return/ Ketso ya ho kgoechisa: ho lebisa
morao; ho baka ho checha; chechello morao.
Kgoedi (kgwe-di) /moon/ Sehlodiloeng se bonisang bosiu ka baka la ho chabeloa ke
letsatsi. /bon. Dikgoedi/.
Kgoedi (//) /month/ Enngwe ya dikarolo tsa selemo tse leshome le metso e mmedi
ho tloha ka Pherekgong ho isa ho Tshitoe. /bon. Dikgoedi/ (mm. Kgwedi).
212
213
Kgoeetsa (kgwe-e-tsa) (kgoetsa) /baby necklace/ Seka sefaha se kengoang molaleng
wa ngoana e monyane ka tumelo ya ho mo tiisa kgahlanong le meya e mebe kapa
ntho tse mpe. /bon. dikgoeetsa/ (mm. Kgweetsa, khoeetsa).
Kgoefela (kgwi-fi-la) /blow out/ Ho ntsha ka ho sebedisa moya; ho sututsa ka moya.
Kgoefelo (kgwi-fi-law) /blowing out/ Ketso ya ho kgoefela kapa ho sebedisa moya;
ho sututsa ka moya. (bap. qhefelo, kgafolo).
Kgoehla (kgwe-hla) /loose/ E sa tiang ka ho tlangoa: e boemong bo bonolo ba ho
tlamoloha kapa ho lokoloha; e kgonang ho tsitsinyeha ha bonolo. Mael. Ho (tla)
kgaoha moo ho kgoehlang: ho tla senyeha ho be thata haholo; ho tla ba boima ka
lebaka la se tla etsahala.
Kgoehlisa (kgwe-hli-sa) /loosen/ Ketsiso ya ho kgoehla: ho etsa hore ntho e se tie
kapa e be boemong bo bonolo ba ho tlamoloha kapa ho lokoloha; ho etsa hore ntho e
be boemong ba ho tsitsinyeha ha bobebe.
Kgoehliso (kgwe-hli-saw) /loosening/ Ketso ya ho kgoehlisa: ho etsa hore ntho e se
tie kapa e be boemong bo bonolo ba ho tlamoloha kapa ho lokoloha; ho etsa hore
ntho e be boemong ba ho tsitsinyeha ha bobebe.
Kgoehlisoa (kgwe-hli-swa) /loosened/ Boetsuwa ba ho kgoehlisa.
Kgoele (kgwe-le) /string, cord, twine/ Thapo e tshetshane haholo eka sebedisoang
ho loha, ho roka kapa ho tlama ntho tse itseng. /bon. Dikgoele/ (bap. Hareng).
Kgoeletso (kgwe-le-tso) (khoelehetso) /outcry, commotion, cry/ Ketso ya ho
hoeletsa: boemo ba ho bontsha tlhokahalo ya ho kgotsofala; tlhokeho ya monate ka
ho etsa lerata kapa dipuo tse bontshang ho se rate ketsahalo e itseng. (bap. mohoo).
Kgoerekgoere (kgwi-ri-kgwi-ri) (kgwerekgwere) /sewerage, sewer, refuse/ Tshila e
kopaneng le metsi, e tsamayang dikotopong: metsi a sa hloekang a kopaneng le
mantle kapa manyala ohle. /bon. Dikgoerekgoere/ (mm. dikgwerekgwere).
Kgoetsa (kgwe-tsa) /baby necklace/ (sheb. Kgoeetsa bakeng sa tshebediso).
Kgofola (Kgu-fu-la) /to use cream for complexion/ Ho etsa letlalo le kganye kapa le
be lesoeu ka ho sebedisa setlolo se kgantshang letlalo.
Kgofola (//) /to crate/ Ho tlosa mobu mmoho le majoe a mangata mmileng ka ho
sebedisa kgofu kapa mochini o etsang joalo. Ho sebedisa kgofu.
Kgofolo (kgu-fu-law) /usage of quinoline/ Ketso ya ho kgofola: ho etsa letlalo le
kganye kapa le be lesoeu ka ho sebedisa setlolo se kgantshang letlalo.
Kgofu (kgo-fu) /caterpillar/ Mofuta wa seboko se kgonang ho etsa mekoti ka
potlako e kgolo se phelang ka ho ja dimela. /bon. dikgofu/.
Kgofu (kgo-fu) /caterpillar machine/ Mochini o moholohadi, seka sepalangoang, o
sebedisoang ho etsa ditsela ka ho fata, ho heletsa, choatla le ho epa mekoti. /bon.
dikgofu/ (sheb. Sepalangoang).
Kgofula (kgo-fu-la) /of caterpillar: to crate/ Ho epa kapa ho cheka ka ho sebedisa
kgofu; ho fata ka ho sebedisa mochini o joalo. Tlh. Mantsoe “kgofula” le “kgofola” a
na le meelelo e tshoanang.
Kgohlahala (kgaw-hla-ha-la) /ruthless, callous, inhumane/ E sa lokang pelong; e
diketso tse mpe; ya boitshoaro bo bobe haholo. (bap. kgopo).
Kgohlahalo (kgaw-hla-ha-law) /ruthlessness, callousness/ Ketso ya ho kgohlahala:
mokgoa wa bopelompe; ketso ya ntho tse mpe; boitshoaro bo sa lokang.
Kgohlahatsa (kgaw-hla-ha-tsa) /to make ruthless/ Ketsiso ya ho kgohlahala: ho etsa
hore motho a kgohlahale, a etse diketso tse sa lokang kapa tse mpe.
Kgohlahetse (kgaw-hla-he-tse) /bad, ruthless, dubious/ Hoa boemo le sebopeho sa
motho: ya mobe ka pelo; ya diketso tse mpe haholo; ya sa lokang hohang.
213
214
Kgohlahetse (kgaw-hla-he-tse) /illicit, unauthorised, felonious/ Hoa ketso kapa
ketsahalo: e, kapa ya etsang ho sa lokang, ho hobe le ho sa lokang. E sa dumelloang,
e mpe. Eo eseng molaong.
Kgohlahatso (kgaw-hla-hats-aw) /ruthlessness/ Ketso ya ho kgohlahatsa kapa ho
etsisa motho kapa ntho ketso tse mpe tse sa batlahaleng. Mokgoa le tloaelo ya ho
baka hore emong a be pelompe.
Kgohledisa (kgo-hle-di-sa) /cause to cough/ Ketsiso ya ho kgohlela: ho etsa hore
motho a kgohlele. Ho baka mokgohlela.
Kgohlediso (kgo-hle-di-saw) /causing a cough/ Ketso ya ho kgohledisa: ho baka
hore ntho kapa motho a kgohlele. Pako ya mokgohlela.
Kgohledisoa (kgo-hle-di-sa) // Boetsuwa ba ho kgohlela.
Kgohlela (kgo-hle-la) /cough/ Ho ntsha moya ka thata ka baka la bokudi bo itseng
bo amang matshoafo; ho kgafola moya le sekgohlela ntle le ho rera, empa ka lebaka
la boemo ba lefu le itseng.
Kgohlelo (kgo-hle-law) /coughing/ Ketso ya ho kgohlela kapa ho kgafola moya ka
baka la bokudi bo amang matshoafo kapa ho tshoaroa ke sefuba. Boemo ba ho ntsha
moya le sekgohlela ka molomo ka baka la bokudi. (bap. mokgokgothoane,
mokgohlela).
Kgohletsa (kgo-hle-tsa) // Ho kenya katiba e kgolo hloohong; ho apara seaparo se
seholo hofeta monga sona.
Kgohletse (kgo-hle-tse) /coughed/ Bokgale ba ho kgohlela.
Kgohletso (kgo-hle-tso) // Ketso ya ho kgohletsa: kaparo ya katiba kapa seaparo se
seholo hofeta hlooho ya monga sona.
Kgohlo (kgaw-hlaw) /goch/ Sebaka sa thaba moo ho nang le bophahamo bo boholo
ba mafika, dilomo le matsatsa a malelele. /bon. dikgohlo/ (bap. selomo).
Kgohloana (kgo-hlwa-na) /ring like seeds decoration/ Mofuta wa mokgabiso wa
batho ba batshehadi o entsoeng ka dikaroloana tsa dithotse tse fapaneng.
Kgohlopa (kgu-hlu-pa) /to shake vigorously/ Ho tsitsinya ha bohloko ka tsela e
hlokang bonolo kapa qenehelo. (bap. kgehlepetsa).
Kgohlopo (kgaw-hlaw-paw) /boot/ Mofuta wa seeta se fihlang tlasa mangole, o
thata, oo hangata o sebedisoang ke badisana kapa batho ba sebetsang mosebetsi o
moholo kapa o thata. /bon. dikgohlopo/.
Kgohlopo (kgaw-hlaw-paw) /condom/ Sesebedisoa sa rekere se sebedisoang ho
thibela tshoaetsano ya mahloko a ho bokana le ho thibela pelehi. Rekere e
sebedisoang ka ho kengoa komeng ho thibela mafu a thobaloano le phamokate.
Kgohlopo (kgu-hlu-paw) /vigorous shake/ Ketso ya ho kgohlopa: ho tsitsinya ha
bohloko ka tsela e hlokang bonolo. Tsitsinyo e hlokang qenehelo.
Kgoho (kgu-hu) /fowl/ Mofuta wa nonyana ya hae e ruuwang; nonyana ya lapeng e
ruuwang, e nang le mapheo le masipa empa e sa fofe, e akgang mokoko, sethole le
tsuonyana. /bon. dikgoho/ (bap. tsuonyana, mokoko, sethole) (sheb. Seruuwa).
Mael. Ho fatela morao joalo ka kgoho: ho sebetsa ntle le tema. Ho etsa ntho e
hlokang thuso. Mael. Kgoho e kakatletsang lehe ke la yona: motho o bontsha seo a se
entseng ka dipuo.
214
215
KGOHO
Kgoho (kgu-hu) /chicken/ Nama ya nonyana ya hae; nama ya seruuwa sa lapeng se
nang le mapheo le masiba.
Kgohoadira (kgo-ho-ya-di-ra) /Spotted Thick-knee, seagull/ Mofuta wa nonyana e
atileng lefatshe ka bophara, e mapheo a malelele, e ratang dibaka tse metsi, e tshoeu
bo kopaneng le mapheo a matsho. /bon. dikgohotsadira, kgohotsadira/. (mm. kgohoya-dira, khoho-ea-lira).
Kgohola (kgu-hu-la) /erode/ Hoa mobu: ho nkoa ke metsi kapa moya nakong tsa
pula ya sekgohola le moya o mongata. (bap. Hohola, sekgohola).
Kgoholeha (kgu-hu-le-ha) /erodible/ Ketsahalo ya ho hohola: e nkuwang ke metsi
kapa moya nakong tsa dipula tse ngata. (bap. Hoholeha).
Kgoholeho (kgu-hu-le-haw) /soil erosion/ Ketso ya ho hoholeha: ho tsamaya hoa
mobu le metsi nakong tsa dipula. /bon. Dikgoholeho/ (mm. Khoholeho).
Kgohomosa (kgu-hu-mu-sa) /egocentric/ Ho etsa diketso tse bontshang ho nahana
ka bowena feela; ho beha bowena hodimo hofeta tekanyo; ho etsa ntho bakeng sa
bowena ha ho rata wena ntle le ho nahanela ba bang. (bap. ikgohomosa).
Kgohomoso (kgu-hu-mu-so) /egocetricity/ Ketso ya ho kgohomosa: boemo ba ho
etsa diketso tse bontshang ho nahana ka bowena feela; ho beha bowena hodimo
hofeta tekanyo; ho etsa ntho bakeng sa bowena ha ho rata wena ntle le ho nahanela
ba bang. /bon. Maikgohomoso/.
Kgoholo (kgu-hu-law) /erosion/ Ketso ya ho kgohola kapa ho hohola: boemo ba
sekgohola; kuko ya mobu ka metsi kapa sefefo. (bap. Kgoholeho).
Kgohonoka (kgo-ho-nu-ka) (Khohonoka) /Moorhen/ Mofuta wa Nonyana e
fumanoang haholo dinokeng kapa dibakeng tse nang le metsi; e masiba a matsho a
kopantseng le bosootho bo nang le methoaela ya bosweu; e mokobolo o mosehla le
nko e kgubedu kapa kgubetsoana. /bon. dikgohonoka/. (mm. khoho-noka).
KGOHONOKA (KHOHONOKA)
Kgoiti (kgwi-ti) /mole/ Phoofotsoana seka tadi, e mahlo a manyane, e phelang tlasa
mobu, le ho etsa mekoti e mengata, e diphaposi, tlasa mobu. /bon. dikgoiti/.
Kgoiti (//) /arable land/ Naha e mobu o motle bakeng sa temo ya dijalo; sebaka sa
mobu o nonneng bakeng sa ho jala le ho lema. /bon. dikgoiti/.
Kgoitimohlaka (kgwi-ti-mo-hla-ka) /Eurasian Bittern/ Mofuta wa Nonyana e kgolo
e masiba a masootho bo maroboko; e phelang ka ho ja ditlhaphi, dinqanqana le
diphoofotsoana tse ding tsa metsing. /bon. Dikgoitimohlaka/ (mm. Khoiti-mohlaka).
Kgoitinyana (kgwe-tin-ya-na) /Little Bittern/ Mofuta wa nonyana e nyane e
mokobolo o molelele le molala o mokgutshoane; e bokahodimo (mokokotlo) bo
215
216
mmala o motsho le mapheo a nang le matheba a masweu ha e tshehadi e ka ba le
mmala o mosoothoana; e fumanoang haholo mehlakeng kapa bakeng tse nang le
joang bo boholo. /bon. Dikgoitinyana/. (mm. Khoitinyane)
Kgoka (kgu-ka) /bore, annoy/ Ho etsa hore motho kapa ntho e tenehe ka ho etsa
diketso tse tenang; ho utloisa pelo bohloko ka ho phehella ho etsa ketso e itseng
kgafetsa ho moetsuwa.
Kgokahane (kgu-ka-ha-ni) /coherent/ E nang le ponahalo kapa boemo ba kopanyo
kapa kgokahanyo; e kapa tse atamelaneng mmoho.
Kgokahantsoe (kgu-ka-hants-we) // Bokgale le boetsuwa ba ho kgokahanya.
Kgokahanya (kgu-ka-han-ya) /cohere/ Ho kopanya ka ho etsa ntho e le nngwe; ho
etsa kopano ya ntho tse ngata ka ho atametsa mmoho haholo. (bap. kopanya).
Kgokahanyo (kgu-ka-han-yaw) /coherence, cohesion/ Ketso ya ho kgokahanya:
mokgoa wa kopanyo ka ho etsa ntho tse fapaneng ntho e le nngwe. Katametso ya
ntho tse ngata e bakang bommoho. /bon. dikgokahanyo/. (bap. kopanyo).
Kgokahanyoa (kgu-ka-han-yoa) // Boetsuwa ba ho kgokahanya.
Kgokanaphiri (kgu-ka-nap-hi-ri) /unity/ Boemo ba ho etsa dintho ka sehlopha;
tumellano ya batho ba bangata. /bon. 0/ (bap. kopano, marematlou).
Kgokeha (kgu-ke-ha) // Ketsahalo ya ho kgoka: ho teneha kapa ho tenoa; ho utloisa
bohloko ka diketso tse tenang.
Kgokeho (kgo-ke-haw) // Ketso ya ho kgokeha: ho teneha kapa ho tenoa; ho utloisa
bohloko ka diketso tse tenang.
Kgokgotha (kgu-kgut-ha) /to empty/ Ho ntsha kaofela, ntho eo eseng metsi, ka
pitseng, mokotleng kapa setshelong. (bap. Tsholla, phophotha).
Kgokgotho (kgu-kgut-haw) /emptying/ Ketso ya ho kgokgotha: ho ntsha kaofela,
ntho eo eseng metsi, ka pitseng, mokotleng kapa setshelong.
Kgokolotsa (kgu-ku-lu-tsa) /pick up from ground/ Ho nka matlakala kapa dithole
fatshe; ho nka ka letsoho ntho tse ngata tse nyane fatshe. (bap. thonaka).
Kgokolotso (kgu-ku-luts-aw) /collective picking up/ Ketso ya ho kgokolotsa: ho nka
matlakala kapa dithole fatshe; ho nka ka letsoho ntho tse ngata tse nyane fatshe.
Kgokong (kgo-ko-ng) /blue wildebeest/ Mofuta wa kgama e putsoahadi e
tholahalang haholo Afrika. /bon. dikgokong/
Kgola (kgu-la) /to harvest fruits/ Ho nka tholoana sefateng; ho hula kapa ho theola
tholoana hodima sefate bakeng sa ho ja. Ho kotula ditholoana sefateng.
Kgola (//) /hoof/ Bohato ba leoto la phoofolo le thata, seka lenaka. /bon. Dikgola/.
Kgoleho (kgu-le-haw) /bondage/ Ketso ya ho holeha: boemo ba ho ba motshoaruwa;
ho ba ditlamong kapa ntloanatshoana; ho ba lekgoba. (bap. bokgoba) (mm. kholeho).
Kgolo (kgu-lu) /big/ E sebopeho se setenya, se sephara kapa e nang le chebahalo e
phahameng; e tletseng sebaka; e imelang ka lebaka la botenya kapa bophara.
Kgolo (kgaw-law) /believe, faith/ Ketso ya ho kgoloa: ho ba le tumelo ya; ho
dumellana le thero ya bodumedi e itseng. (bap. tumelo).
Kgolo (kgu-law) /harvest of fruits/ Ketsoya ho kgola: ho tlhotlhora ditholoana
sefateng; ho nka ditholoana sefateng.
Kgoloa (kgaw-lwa) /to believe/ Ho dumela thero ya lentsoe kapa seo Modimo a se
bolelang; ho dumellana le se ngotsoeng bukeng ya bibele; ho tshepa hore se buuwang
se tla etsahala. Ho ba modumedi. (bap. Lekgoloa).
Kgolokgotha (kgu-lu-kgu-tha) /drip/ Ho batla ho wela, kapa ho wela, ka baka la ho
hakoa kapa ho thula lejoe kapa ntho e itseng fatshe.
Kgolokgotheha (kgu-lu-kgu-te-ha) /stumble/ Ho thekesela ka baka la ho hakoa, ho
kgopjoa kapa ho thellisoa ke ntho eitseng. Ho lahleheloa ke taolo ya motsamao.
216
217
Kgolokgotheho (kgu-lu-kgu-te-haw) /stumbling/ Ketso ya ho kgolokgotheha:
thekeselo e bakoang ke thelliso kapa khako. Tahlehelo ya motsamao ka lebaka la ho
kgopjoa ke ntho e fatshe.
Kgolokgotho (kgu-lu-kgu-thaw) /dripping/ Ketso ya ho kgolokgotha: boemo ba ho
batla ho wela, kapa ho wela, ka baka la ho hakoa kapa ho thula lejoe kapa ntho e
itseng fatshe. (bap. Kgopa, kgopjoa).
Kgolokoe (kgu-lu-kwe) /crab/ Mofuta wa phoofotsoana ya metsing e jewang, e
maoto a tsheletseng a hlabang, e tsamayang ka lekeke, e kgonang le ho phela naheng
ka nako tse ding. /bon. Makgolokoe/ (bap. kgala, lekgala) (mm. Lekholokoe).
Kgomathela (kgu-mat-he-la) /adhesive/ E mamarelang ha e thetsana le ntho
enngwe: eo boemo ba yona bo bakang ho tshoarana ka ho mamarela ntle le ho tloha
ha bobebe. (bap. mamarela, qamathela, kgoakgoathela, kganathela).
Kgomathelo (kgu-mat-he-law) /adhesiveness, adhesion/ Ketso ya ho kgomathela:
ho mamarela ka mora ho thetsana le ntho e itseng. (bap. qamathelo, kgoakgoathelo).
Kgomatheloa (kgu-mat-he-lwa) // Boetsuwa ba ho kgomathela. (bap. mamareloa).
Kgomathetsa (kgu-mat-he-tsa) /adhere, bind, weld, glue/ Ho kopanya mmoho ka
tsela e itseng. Ho hokahanya ntho tse pedi kapa tse fetang moo.
Kgomathetse (kgu-ma-the-tse) /attached, joined/ Bokgale ba ho kgomathetsa.
Kgomathetso (kgu-mat-he-tso) /welding, binding/ Ketso ya ho kgomathetsa kapa ho
kopanya mmoho dintho tse itseng, haholo tshepe. (bap. Sekgomathetsi, cheseletso).
Kgomo (kgo-mu) /cattle/ Enngwe ya diphoofolo tsa hae, e ruuwang, e maoto a
mane, e manaka kapa e chitjana le mohatla. /bon. dikgomo/ Mael. Ho opa kgomo
lenaka: ho bua se nepahetseng kapa se utloahalang. Mael. Kgomo ya lebese ha e
itsoale: hangata ngoana ha a futse motsoadi. Mael. Kgomo e tshoaroa ka dinaka,
motho ka dipuo: motho o tshoaroa ka dipuo tsa hae ho seo a se entseng. Mael.
Kgomo ha enye bolokoe kaofela: motho ha a tlameha ho bua makunutu le ditaba
tsohle tsa hae. Mael. Kgomo ha e fuleloe: ha ho ditshenyehelo ho ruwa kgomo. Mael.
Kgomo ha di na motloha pele: katleho ha e bakoe ke ho ba wa pele. Mael. Ha le fete
kgomo le je motho: kgomo e ka teloa ya neheloa bakeng sa ho lopolla motho. Mael.
Lepotlapotla le ja podi, lesisitheho le ja kgomo: ho se potlakele dintho ho tlisa
katleho. Mael. Motsoalle wa hlooho ya kgomo: motho eo emong anang le kamano e
ntle haholo ya bokgotsi. Mael. Lebitla la kgomo ke molomo: kgomo ha e shoele ha e
patoe lebitleng empa e ya jewa. Mael. Ha ho kgomo ya boroko: ha ho motho ya
dumelletsoeng ho ja feela ntle le ho sebetsa; o keke o fuwa feela ntle le ho sebetsa.
Mael. Kgomo ya boroko: motho ya botsoa haholo. Sekgoba. Mael. Ho boka
dikgomo: ho dumedisa. Mael. Kgomo di boela sakeng/ kgomo di boetse sakeng: Ho
nyala motho wa lelapa kapa seboko se tshoanang le sa ya nyalang.
DIKGOMO, KGOMO
217
218
Kgomo (//) /beef/ Nama ya phoofolo e joalo.
Kgona (kgaw-na) /snore/ Ho hema ka thata, ka molomo, borokong; ho hema ho
bakoang ke ho se robale hantle kapa ke lefu le itseng la mmopo, qoqotho le mmetso.
Kgona (//) /able, capable/ Ho tseba ho etsa ntho e itseng. Ho bontsha tsebo kapa
boqhetseke ba ntho e itseng. (bap. bokgoni).
Kgonahala (kgaw-na-ha-la) /possible/ Hoa boemo: boo holeng bobebe ho bo fihlella
kapa ho bo phetha; seo se ka fihlelloang kapa seo se ka etsahalang ntle le bothata.
Kgonahalo (kgaw-na-ha-law) /possibility/ Ketso ya ho kgonahala ho etsa hore
boemo bo itseng bo etsahale ntle le bothata; phihlello ya monyetla kapa ketso e
batlong ho phethahatsoa. (bap. Bokgoni).
Kgonahatsa (kgaw-na-ha-tsa) /make possible/ Ho etsa hore tabatabelo e batloang e
phethahale ka tsela e itseng. Ho phethisa se batloang.
Kgonahatso (kgaw-na-ha-tso) /possibility making/ Ketso ya ho kgonahatsa: ho etsa
hore tabatabelo e batloang e phethahale ka tsela e itseng. Phethiso ya se batloang.
Kgonahatsoa (kgaw-na-hats-wa) /achieved/ Boetsuwa ba ho kgonahatsa.
Kgonahetse (kgaw-na-he-tse) // Bokgale ba ho kgonahatsa.
Kgonatha (kgu-nat-ha) /to budget/ Ho sebedisa chelete ka ho lekanya se tlamehang
ho rekoa ntle le ho sebedisa hofeta chelete e teng; ho itokisetsa ho reka thepa ntle le
ho lefa hofeta chelete e teng. Mohl. Bongata ba batho ba batsho ha ba na nako ya ho
kgonatha joalo ka makgowa. Ha o qala ho sebetsa o tlameha ho kgonatha pele o
fumana moputso wa hao. (bap. lekgonatha, boloka).
Kgonathile (kgu-nat-hi-le) /budgeted/ Bokgale ba ho kgonatha.
Kgonatho (kgu-nat-ha) /budget/ Ketso ya ho kgonatha: tshebediso ya chelete ka ho
lekanya se tlamehang ho rekoa ntle le ho sebedisa hofeta chelete e teng; ho itokisetsa
ho reka thepa ntle le ho lefa hofeta chelete e teng. (bap. bokgonatha, poloko).
Kgong (kgo-ng) // (sheb. Kgono bakeng sa tshebediso).
Kgongwana (kgo-ng-wa-na) (khongoana) /deceived/ Boemo bo fosahetseng bo
bakang hore motho a itebale. Mael. Ho ya le kgongoana hodimo: ho itebala kapa ho
lebala kotsi e kannang ya etsahala ka ho se natse kapa ho lebala. (bap. Boitebalo).
Kgono (kgaw-naw) /snoring/ Ketso ya ho kgona: ho hema ka thata, ka molomo,
borokong; ho hema ho bakoang ke ho se robale hantle kapa ke lefu le itseng la
mmopo, qoqotho le mmetso. (bap. kgong).
218
219
Kgono (kgu-nu) /pumkin handle/ Mohele wa mokopu. /bon. dikgono/ Tlh. Lentsoe
le nepahetseng haholo ke “kgono” hofeta “kgong” le ha ho na le batho ba sebedisang
lentsoe “kgong” dibakeng tse ding tsa Basotho. (mm. kgunu).
Kgono (kgaw-naw) /ableness/ Ketso ya ho kgona kapa ho bontsha bokgoni: ho tseba
ho etsa ntho e itseng hantle. Ho bontsha tsebo kapa boqhetseke ba ho etsa ntho e
itseng. (bap. bokgoni).
Kgonya (kgon-ya) /roar, moo/ Ho lla hoa poho ya kgomo; sello sa kgomo e tona e
itokisetsang ho loana le dipoho tse ding.
Kgonyo (kgon-yaw) /roaring, mooing/ Sello sa kgomo ya poho; sello sa kgomo e
tona e itokisetsang ho loana le dipoho tse ding. (bap. Rora)
Kgopa (kgo-pa) /drip/ Ho batla ho wela, kapa ho wela, ka baka la ho hakoa kapa ho
thula lejoe kapa ntho e itseng fatshe. (bap. Kgolokgotha, kgolokgotheha).
Kgopama (kgu-pa-ma) /to be cruel/ Ho bontsha bokgopo; ho hloka mohau; ho se be
le kgauhelo kapa kutloelo bohloko; ho ba pelompe.
Kgopamela (kgu-pa-me-la) /to be cruel against/ Ketsetso ya ho kgopama: ho etsetsa
bokgopo kgahlanong le; ho lesa botho kapa mohau kgahlanong le. (bap. hlahafela).
Kgopamelo (kgu-pa-me-law) /cruelty against/ Ketso ya ho kgopamela: pontsho ya
bokgopo kgahlanong le; ponahalo ya lehloyo ka diketso kgahlanong le.
Kgopamile (kgu-pa-mi-le) /cruel/ Ketsahalo ya ho kgopama: e bontshang bokgopo
kapa kgopamo; e hlahisang le ho bontsha tlhokeho ya setsoalle.
Kgopamisa (kgu-pa-mi-sa) /to cause to be cruel/ Ketsiso ya ho kgopama: ho etsa
hore motho kapa ntho e be kgopo kapa e hloke mohau.
Kgopamisitsoe (kgu-pa-mi-sits-we) // Bokgale le boetsuwa ba ho kgopama
Kgopamiso (kgu-pa-mi-so) /causing cruelty/ Ketso ya ho kgopamisa: ho etsa hore
motho kapa ntho e be kgopo kapa e hloke mohau.
Kgopamisoa (kgu-pa-mi-swa) // Boetsuwa ba ho kgopama.
Kgopamo (kgu-pa-maw) /cruelty/ Boemo ba ho ba kgopo; ketso ya ho kgopama
kapa ho hloka mohau le lerato. (bap. Bokgopo) Mohl. Batho ba ditoropong ba na le
kgopamo e kgolo kgahlanong le diphoofolo.
Kgopane (kgaw-pa-ni) /body dirt/ Tshila ya mmele; ditshila tse fumanoang
mmeleng wa motho ya sa toleng kapa ya tshabang metsi. /bon. dikgopane/
Kgopeha (kgo-pe-ha) /dripping/ Ketsahalo ya ho kgopa: e batlang ho diwa ka baka
la ho hakoa kapa ho thula lejoe ka leoto.
Kgopeha (kgu-pe-ha) /infuriated/ Ho utloa bohloko ka baka la ho kgentshoa; ho
utloisoa bohloko ka baka la bobe ba diketso tsa motho emong. (bap. kgopisa).
Kgopeho (kgu-pe-haw) /infuriation, fury/ Ketso ya ho kgopeha: ho utloa bohloko
ka baka la ho kgentshoa; ho utloisoa bohloko ka baka la bobe ba diketso tsa motho
emong. Bohloko ba maikutlo.
Kgopeho (kgo-pe-haw) // Ketso ya ho kgopeha: thulano le lejoe ka leoto.
Kgopi (kgo-pi) /grasshopper/ Mofuta wa tsie e hlooho e kgolo ya naheng, ebile e
jewa joalo ka nama. /bon. dikgopi/ (bap. lerutle, tsie). Mael. Kgopi e rahoa ke
monono: motho ya hlokang teboho kapa ya nyedisang mothusi wa hae. Mael. Tsie
(kgopi) e fofa ka mokota: ya hlalefileng o tsamaya a tshoere mofao hoba a sa tsebe tsa
moo a yang teng.
Kgopisa (kgu-pi-sa) /infuriate/ Ho etsa hore motho a kgene; ho utloisa bohloko ka
diketso kapa dipuo; ho hlokisa monate pelong. (bap. kgentsha, hlabehisa).
Kgopiso (kgo-pi-saw) /infuriation, exasperation/ Ketso ya ho kgopisa: ho etsa hore
motho a kgene; ho utloisa bohloko ka diketso kapa dipuo; ho hlokisa monate pelong.
Kgopja (kgup-ja) /stumble, dash/ Boetsuwa ba ho kgopa.
219
220
Kgopjo (kgup-jaw) /stumbling, dashing/ Ketso ya ho kgopja.
Kgopjoa (kgup-jwa) /dripped/ Boetsuwa ba ho kgopa: ho ba boemong ba ho wiswa
kapa ho batla ho wela. Mael. E kgopjoa e le maoto mane: mang le mang a ka etsa
phoso ho sa natsoe boemo ba hae ba borui, bofutsana, boholo, bonyane kapa bohlale
ba hae.
Kgopo (kgaw-paw) /cruel/ E pelompe; e hlokang mohau le lerato; e sa utloeleng
bohloko; e diketso tse hlaha. /bon. Makgopo/.
Kgopo (kgu-paw) /rib/ Lesapo, seka leballo, le koahetseng dikahare tsa phoofolo
kapa motho, le kopaneng le lesapo la mokokotlo. Leleng la masapo a tshireletsang
dikahare tsa mmele le bonahalang haholo nqa ya sefuba, lehlakoreng la pelo le
matshoafo. /bon. Makgopo, dikgopo/.
Kgopolo (kgu-pu-law) /remembrance, recall/ Ketso ya ho hopola: ho tlisa
monahanong le maikutlong; ho etsa setshoantsho bokong kapa kelellong. /bon.
Dikgopolo, mehopolo/ (mm. Khopolo).
Kgopolo (//) /assumption, presumption/ Ketso ya ho akanya kapa ho lekanya ka ho
nahana hore ketso kapa ketsahalo e ka tsela e itseng empa ho se joalo. (bap. Kelello)
Kgopotso (kgu-pu-tso) (khopotso) /reminder, reminding/ Ketso ya ho hopotsa: ho
etsa hore monahano o tshiretseng kelellong o kgutle. /bon. dikgopotso/ (bap.
sehopotso).
Kgora (kgu-ra) /abundance/ Boteng ba dijo tse ngata; boteng ba chai masimong;
tlhokahalo ya tlala; bosio ba bofume. /bon. Dikgora/ (bap. nala)
Kgoro (kgaw-raw) /outlet/ Sebaka seo ho tsuwang ho sona sehlabeng kapa thabeng;
tsela etsoang hara thaba kapa dilomo. /bon. Dikgoro/ (bap. Lekgalo). Mael. Ho ya ka
makgoro ha se ho lahlana: ho arohana ha ho bolele hore batho ba keke ba hlola ba
kopana hape.
Kgoroana (kgu-rwa-na) // Kgoro e nyane. /bon. Dikgoroana/ (mm. Khoroana).
Kgoroana (kgu-rwa-na) /pigeon/ Mofuta wa nonyana ya leloko la letsibana, e
hlooho e nyane, le setono sa masiba a motsu haholo, eo hangata e tholahalang naheng
hofeta pela hae. /bon. Dikgoroana/ (bap. Leebakgoroana, leeba) (sheb. Dinonyana)
Kgoroha (kgu-ru-ha) /attack suddenly/ Ho futuha kapelenyana; ho futuha kapa ho
hlasela ka potlako e kgolo, hanghang. (mm. kguruha).
Kgorohela (kgu-ru-he-la) /to attack suddenly/ Ho futuha kapelenyana; ho futuha
kapa ho hlasela ka potlako e kgolo, hanghang.
Kgorohelo (kgu-ru-he-law) /sudden attack/ Ketso ya ho kgorohela: phutuhelo
kapelenyana; phutuho kapa tlhaselo ka potlako e kgolo.
Kgoroheloa (kgu-ru-he-lwa) /attacked/ Boetsuwa ba ho kgorohela.
Kgorohetse (kgu-ru-he-tse) /attacked/ Bokgale ba ho kgorohela.
Kgorohetsoe (kgu-ru-he-tswe) /attacked/ Boetsuwa le bokgale ba ho kgorohela.
Kgoroho (kgu-ru-haw) /sudden attack/ Ketso ya ho kgoroha: phutuhelo
kapelenyana; phutuho kapa tlhaselo ka potlako e kgolo.
Kgorula (kgaw-ru-la) /last born/ Ngoana ho fela lapeng; motho eo eleng wa ho
qetela ka tlhaho baneng babo. /bon. Bokgorula/ (bap. matsibolo).
Kgosana (kgo-sa-na) /prince/ Mora wa morena; ngoana wa morena e motona;
ngoana boreneng kapa ya tsoaletsoeng moreneng e motona. /bon. Makgosana/
Kgosatsana (kgo-sa-tsa-na) /princess/ Moradi wa morena kapa mofumahadi, ngoana
morena le mofumahadi e motshehadi; ngoana boreneng kapa ya tsoaletsoeng
moreneng e motshehadi. /bon. Makgosatsana/.
220
221
Kgoshane (kgo-sha-ne)(khoshane) /bad mouth smell/ Ho bohla kgoshane: ho ba le
monko o mobe, o bohale o hlahang molomong, haholo ka mora ho bohla. (bap.
Puke).
Kgosi (kgo-si) /king/ Ntata kgosana le kgosatsana; monna mofumahadi; motho ya
okametseng ka borena e motona; motho e motona ya laolang naha kapa motse. (bap.
Morena, morenana) /bon. Makgosi/ Tlh. Hangata Basotho ba Borwa ba sebedisa
lentsoe “morena” bakeng sa “kgosi”. Empa ha e le “kgosana” le “kgosatsana” ba di
sebedisa nako e ngata.
Kgotha (kgut-ha) /scrape/ Ho tlosa joang kapa ditlamatlama tse ka hodima mobu; ho
fedisa lehola ka mohoma kapa kgarafu. (bap. kgirila, kgofula, kgofola).
Kgotha (kgaw-tha) /to touch with/ Ho thetsa ka ntho e itseng ka tsela e tenang ya
etsoang joalo. Mohl. Keneng o kgotha mosetsana eo! Tlohela ho nkgotha hle monna!
Kgothala (kgut-ha-la) /encouraged, inspire/ Ho ba boemong ba tshutshumetso: ho
thola morolo wa ho etsa ketso e itseng; ho fumana matla a ho tsoelapele ka ho fuwa
mantsoe a monate, ka mora bothata.
Kgothaletsa (kgut-ha-le-tsa) /encourage/ Ho susumetsa ho etsa ketso e itseng; ho
bua puo e etsang hore motho a nke mohato kapa bohato.
Kgothaletso (kgut-ha-le-tso) /encouragement, inspiration/ Ketso ya ho kgothaletsa:
ho susumetsa ho etsa ketso e itseng; ho bua puo e etsang hore motho a nke mohato.
Kgothalla (kgut-hal-la) /persist/ Ho latella ho etsa ketso e itseng le ha ho le thata; ho
ba le sepheo se sa tsitsinyeheng sa ho fihlella boemo bo itseng le ha ho le thata.
Kgothallo (kgut-hal-law) /persistance/ Ketso ya ho kgothalla: ho latella ho etsa
ketso e itseng le ha ho le thata; ho ba le sepheo se sa tsitsinyeheng sa ho fihlella
boemo bo itseng le ha ho le thata kapa ho sa kgonahale.
Kgothalo (kgu-tha-law) /courage/ Boemo kapa ketso ya ho kgothala: ho tsoelapele
ntle le tshabo; mokgoa wa ho ba le matla a ho etsa se itseng ntle le letsoalo kapa ho
nyahama. Matla a pelo le maikutlo. (bap. sebete). (mm. khothalo).
Kgothatsa (kgut-ha-tsa) /console, inspire/ Ho bua mantsoe a monate ho motho ya
mahlomoleng kapa ya lahlehetsoeng; ho bua mantsoe a monate ho motho ya
tsietsing; ho bebofaletsa bohloko ba pelo kapa moya ka dipuo kapa mantsoe a
thobang maikutlo.
Kgothatso (kgut-hats-aw) /consolation, inspiration/ Ketso ya ho kgothatsa: ho bua
matsoe a monate ho motho ya mahlomoleng kapa ya lahlehetsoeng, ya hara tsietsi; ho
bebofaletsa bohloko ba pelo kapa moya ka dipuo kapa mantsoe a thobang.
Kgothatsoa (kgu-tha-tswa) /encouraged, consoled/ Boetsuwa ba ho kgothatsa.
Kgothetse (kgo-the-tse) /inspired, inspirited, dilligent/ E bontshang kgothatso: ya
sebetsang ka tsela e bontshang morolo ka mora ho joetsoa ditaba tse monate kapa tse
kgothatsang.
Kgotho (kgut-hu)/exclamation: sudden entering/ Lekgotsa le supang kapa le
bontshang ho kena monyako ka ho kgothometseha hanghang. Mohl. Ke eo motho a
fihla a re kgotho monyako a sa kokota le ho kokota. (bap. Thoso). Tlh. Batho ba
bangata ba kgetha lentsoe “thoso” hofeta “kgotho”. Tem. Lentsoe “kgotho” le tsoa ho
leetsi “kgothometsa” eleng ho tsamaya kapa ho kena ka ho kgothometseha.
Kgothola (kgut-hu-la) /detach/ Ho ntsha ntho e itseng ho enngwe; ho tlosa ntho e
mamaretseng ka tsela e itseng. Ho tlosa poone seqong sa yona. Mohl. Rona re qetile
ho kgothola poone seqong. O keke wa kgothola mabele mmokong, empa o ka a pola.
Kgotholo (kgut-hu-law) /detachment/ Ketso ya ho kgothola kapa ho ntsha ntho e
itseng ho enngwe; ho tlosa ntho e mamaretseng ka tsela e itseng. Ho ntsha poone
seqong sa yona.
221
222
Kgothomeditse (kgut-hu-me-di-tse) // Bokgale ba ho kgothometsa.
Kgothomeditsoe (kgut-hu-me-di-tswe) // Boetsuwa ba ho kgothometsa.
Kgothometsa (kgut-hu-me-tsa) // Ho sututsa ka sepheo sa ho diela. Ho lahleheloa ke
taolo ya motsamao ka baka la ho kgopjoa.
Kgothometseha (kgut-hu-me-tse-ha) // Ketsahalo ya ho kgothometsa: ho sututseha
ntle le ho sututsoa. Ho ba makgatheng a ho batla ho wela.
Kgothometseho (kgut-hu-me-tse-haw) // Ketso ya ho kgothometseha: ho sututseha
ntle le ho sututsoa. Ho ba boemong ba ho batla ho wela.
Kgothometso (kgut-hu-me-tso) // Ketso ya ho kgothometsa: tshututso ka sepheo sa
ho diela. Tahlehelo ya taolo ya motsamao ka baka la ho kgopjoa.
Kgothometsoa (kgut-hu-mets-wa) // Boetsuwa ba ho kgothometsa.
Kgothotse (kgu-thu-tse) /detached/ Bokgale ba ho kgothola.
Kgothotsoe (kgu-thu-tswe) /detached/ Boetsuwa le bokgale ba ho kgothola.
Kgotla (kgu-tla) /men‟s meeting place/ Sebaka seo banna kapa batho ba batona ba
robang monakedi le ho tshohla ditaba tsa bona teng. (bap. lekgotla).
Kgotla (kgu-tla) /court, tribunal/ Sebaka kapa moaho moo ho tshoareloang nyewe
teng; moaho oo batho ba qosoang ba ahloleloang teng. Sebaka sa ho rarolla
ngangisano, qaka, kapa dikgohlang. /bon. Makgotla/. Mael. Moro kgotla ha o
okoloe: boemo ba ho beha ditaba pepeneneng ntle le ho patoa. Mael. Mowa kgotla ha
a tsekisoe: ka lekgotleng la dinyewe motho ha a tsekisoe ha a buile phoso.
Kgotla (kgaw-tla) /provoke/ Ho phephetsa ka ho kenya monoana kapa thupa sethong
seseng sa mmele. Tlh. Lentsoe lena le sebedisoa ka phetako hangata: Mohl. ho
kgotlakgotla. (bap. kgotha).
Kgotlella (kgo-tlel-la) /persevere/ Ho tsoela pele ka ho etsa ketso e itseng le ha ho le
thata. (bap. mamella)
Kgotlello (kgo-tlel-law) /perseverence/ Ketso ya ho kgotlella hara mathata ho le
boima; tsoelopele ka mosebetsi o itseng le ha ho le boima. (bap. mamello).
Kgotlo (kgaw-tlaw) // Ketso ya ho kgotla: phephetso ka ho sunya monoana kapa
thupa sethong seseng sa mmele.
Kgoto (kgo-to) /huge home rat/ Mofuta wa tadi e kgolo ya hae, e mohatla o
molelele, e senyang haholo. /bon. Dikgoto/ (bap. tadi, lebodi, kgoana).
Kgotsa (kgu-tsa) /exclaim/ Ho makala kapa ho makalla ka ho phahamisa lentsoe; ho
bua ka ho hoeletsa ka baka la ho kgalema kapa ho tshoha. (bap. lekgotsa).
Kgotsi (kgo-tsi) /a friend/ Theneketso ya mokgotsi. /bon. 0/.
Kgotso (kgaw-tsaw) (khotso) /peace/ Boteng ba kgutso le tlhokeho ya dintoa, lerata
le dipuo; boteng ba tshebedisano mmoho le kutloano. Ho rena hoa toka le phethiso ya
molao; phethahatso ya lerato pakeng tsa sechaba. (bap. toka, kgutso). Mael. Ho
phaphatha kgotso: ho etsa hore maemo a be setloaeding mme ho se be le ntoa kapa
dikgohlang. Ho bopa kutloano.
Kgotso (kgaw-tsaw) /greetings!/ Tumediso e bontshang hore ntho di lokile; kapa
tumediso e supang hore ha ho komang. /bon. Kgotsong!/ (bap. dumela!).
Kgotsofala (kgaw-tsaw-fa-la) /content, happy/ Ho bontsha motlotlo kapa kamohelo
ya se tsoa etsahala; ho thabela se buuwang kapa se etsahalang; ho ananela sephetho
sa ketsahalo kapa puo e hlahisoang.
Kgotsofalo (kgaw-tsaw-fa-law) /gratification, happiness/ Ketso ya ho kgotsofala:
pontsho ya motlotlo le kamohelo ya se etsahalang le se buuwang; kananelo ya
sephetho sa ketsahalo kapa puo e hlahisoang.
Kgotsofatsa (kgaw-tsaw-fa-tsa) /satisfy, gratify/ Ketsetso ya ho kgotsofala: ho etsa
hore motho a thabele se etsahalang kapa se buuwang.
222
223
Kgotsofatso (kgaw-tsaw-fa-tsaw) /satisfaction/ Ketso ya ho kgotsofatsa: ho etsa
hore motho a thabele se etsahalang kapa se buuwang. Sebopeho sa kgotso.
Kgotsofatsoa (kgaw-tsaw-fats-wa) // Boetsuwa ba ho kgotsofatsa.
Kgotsofetse (kgaw-tsaw-fe-tse) /satisfied, gratified/ Bokgale le ketsahalo ya ho
kgotsofatsa: e boemong bo thabetseng sephetho sa ketso kapa ketsahalo.
Kgotsong (kgo-tso-ng!) /greetings all!/ Lentsoe le sebedisoang ho dumedisa batho
ba bangata ka nako efe kapa efe. (bap. dumelang).
Kgowanatshoana (kgu-wa-nats-hwa-na)/foreign culture lover/ Motho ya nyefolang
kapa koekoetlang moetlo wa habo ebile a etsa wa dichaba tseding, haholo wa
sekgowa kapa senyesemane. /bon. Bokgowanatshoana/ (mm. khooanatsoana).
Kguba (kgu-ba) /style, fashion/ Mokgoa kapa ketso ya ho etsa dintho ka tsela e sa
tloaelehang kapa e bontshang boqhetseke. Pontsho ya moaparo o mocha wa
sejoalejoale. /bon. Dikguba/ Tem. Batho babang ba sothofatsa lentsoe, “fashion” ka
ho le bitsa “feshene” ha Sesotho se na le lentsoe la sona eleng “kguba”.
Kgube (kgu-be) (khube) /Southern Red Bishop/ Mofuta wa Nonyana e fumanoang
haholo bakeng tse metsi tse nang le joang bo boholo; e masiba a hlooho a
makgubedu, bokatlase bo botsho, mapheo le setono se kopantseng masiba a
masootho; e fumanoang haholo makgabeng pela dinoka; e phelang ka dikokoanyana
mmoho le peo. /bon. Dikgube/. (mm. Thaha-khube, Thaha-khubelu).
KGUBE (KHUBE)
Kgubedu (kgu-be-du) /red, redish/ E mmala wa madi. (bap. bokgubedu, bofubedu).
Kgubetsoana (kgu-bets-wa-na) /of a female: light redish/ Hoa motho e motshehadi:
ya mokgubedu bo hlakileng ka mmala.
Kgubetsoana (kgu-bets-wa-na) /pink/ Ya mmala wa thunthuru ya sefate sa perekisi;
bokgubedu bo sa tlalang kapa bo sa loelang. (bap. bokgubetsoana).
Kgudu (kgu-du) /tortoise/ Mofuta wa sehahabi se kgaketla e thata eo se
itshireletsang ka yona nakong tsa kotsi, se phelang metsing kapa naheng, se
tsamayang ka lenama le leholo. (bap. sekolopata).
Kgudu.
Kgukgumeditse (kgu-kgu-me-di-tse) /covered/ Bokgale ba ho kgukgumetsa.
Kgukgumeditsoe (kgu-kgu-me-di-tswe) /covered/ Boetsuwa ba ho kgukgumetsa.
Kgukgumetsa (kgu-kgu-me-tsa) /cover/ Ho koahela ka ntho e itseng hore ntho e se
bonoe kapa e se bonahale. Ho koahela bakeng sa ho tshireletsa kgahlanong le.
Kgukgumetso (kgu-kgu-me-tso) /covering/ Ketso ya ho kgukgumetsa: koahelo ya
ntho kapa motho bakeng sa ho pata kapa ho tshireletsa bokantle.
Kgukgumetsoa (kgu-kgu-mets-wa) // Boetsuwa ba ho kgukgumetsa.
Kgukguna (kgu-kgu-na) /ambuscade, waylaying/ Ho tsamaya ka ho noanya tlasa
ntho e itseng. (bap. sekgukguni).
223
224
Kgukgune (kgu-kgu-ne) /terrorist habitat or camp/ Sebaka sa sekgukguni: moo ho
dulang dikgukguni teng; lehae la dikgukguni. /bon. dikgukgune/ (mm. Khukhune).
Kgukgunela (kgu-kgu-ne-la) /ambush/ Ketsetso ya ho kgukguna: ho noanyetsa ntle
le ho bonoa; ho hlasela ntle le ho bonoa. (bap. noanyetsa).
Kgukgunelo (kgu-kgu-ne-law) /an ambush/ Ketso ya ho kgukgunela: noanyetso ntle
le ponahalo; ho hlasela ntle le ho bonoa. (bap. noanyetso).
Kgukguneloa (kgu-kgu-ne-lwa) // Boetsuwa ba ho kgukgunela.
Kgukgunetse (kgu-kgu-ne-tse) // Bokgale ba ho kgukguna.
Kgukgunetsoe (kgu-kgu-ne-tswe) // Boetsuwa le bokgale ba ho kgukguna.
Kgukgunne (kgu-kgun-ne) /ambushed/ Bokgale ba ho kgukguna.
Kgumama (kgu-ma-ma) /kneel down/ Ho beha lengole kapa mangole fatshe.
Kgumame (kgu-ma-me) // Bokgale le ketsahalo ya ho kgumama: e kapa ya beileng
mangole fatshe; ya otlileng ka lengole fatshe.
Kgumamela (kgu-ma-me-la) /to worship/ Ketsetso ya ho kgumama: ho rapela
Modimo kapa motho ka ho otla ka lengole fatshe; ho rata kapa ho hlompha ntho
hofeta tekanyo.
Kgumamela (kgu-ma-me-la)/of war: tough one/ Hoa ntoa: e thata, e boima. Mael.
Ho loana ntoa ya kgumamela: ho loana ntoa e kgolo ka bokgabane.
Kgumamelo (kgu-ma-me-law) /worship/ Ketso ya ho kgumamela: ho beha lengole
fatshe bakeng sa borapedi; sesupo sa ho rata tumelo e itseng ya sedumedi. Thato e
fetang tekanyo ya ntho e itseng.
Kgumameloa (kgu-ma-me-lwa) /worshiped, revered/ Boetsuwa ba ho kgumamela.
Kgumametse (kgu-ma-me-tse) /worshiped/ Bokgale ba ho kgumamela.
Kgumametsoe (kgu-ma-me-tswe) /worshiped/ Boetsuwa ba ho kgumamela.
Kgumamisa (kga-ma-mi-sa) /cause to kneel down/ Ketsiso ya ho kgumama: ho etsa
hore ntho kapa motho a kgumame.
Kgumamiso (kgu-ma-mi-saw) /causing to kneel down/ Ketso ya ho kgumamisa: ho
baka kapa ho etsa hore motho a kgumame.
Kgunoana (kgu-nwa-na) /of a female animal: dark red/ Hoa phoofolo e tshehadi: e
mmala o mokgubedu bo lefifi.
Kgunong (kgu-no-ng) /of a male animal: dark red/ Hoa mmala wa phoofolo e tona:
e mmala o mokgubedu bo lefifi.
Kgunong (kgu-no-ng) /maroon, dark red/ Hoa mmala: o bokgubedu bo lefifi
haholo; o mokgubedu o batlileng o ba mosootho.
Kgupa (kgu-pa) (Khupa) /Denham's Bustard/ Mofuta wa Nonyana e kgolo, e
fumanoang haholo dithoteng tse tletseng joang le dibaka tsa temo; e phelang ka
dikokonyana mmoho le dithotse tsa dimela; e masiba a bokatlase le a molala a
masweu, le mapheo a maphatshoa, masiba a mokokotlo a masootho. /bon. Dikgupa/.
KGUPA (KHUPA)
Kgusa (kgu-sa) /wean/ Ho etsa hore ngoana kapa namane e tlohele ho anya lebese;
ho lesedisa namane kapa ngoana letsoele.
Kguso (kgu-so) /weaning/ Ketso ya ho kgusa: tlohediso ya ho nyanya letsoele;
tesediso ya ho anya letsoele; ho lesedisa namane kapa ngoana letsoele.
224
225
Kgutla (kgu-tla) /return/ Ho boela moo o tsoang teng; ho ya morao.
Kgutlela (kgu-tle-la) /backslide/ Ho boela mokgoeng o mobe wa kgale.
Kgutlelana (kgu-tle-la-na) /reconcile/ Ho ba mmoho ka mora ho qoaketsana; ho
boelana ka mora qhoebeshano; ho dumellana ka mora phapang; ho utloana ka mora
ho loantshana. Ketsetsano ya ho kgutlela.
Kgutlelano (kgu-tle-la-naw) /reconciliation/ Ketso ya ho kgutlelana: poelano ka
mora qhoebeshano; tumellano ka mora diphapang; kutloano ka mora toantshano.
Kgutlelo (kgu-tle-law) /backsliding/ Ketso ya ho kgutlela: poelo mokgoeng le
diketsong tse mpe tsa kgale. Mohl. Kgutlelo ya Seeiso matekoaneng ha re e rate
bohle. Hobaneng batho ba sebedisang dithethefatsi ba na le kgutlelo?
Kgutlisa (kgu-tli-sa) /send back/ Ho etsa hore se adingoeng kapa se kadimiloeng se
ye ho monga sona. Ho isa ntho e itseng morao moo e tsoang teng. Ketsiso ya ho
kgutla.
Kgutlisetsa (kgu-tli-sa-tsa) /rebuff, decline, reject/ Ho isa ntho e sa lokang moo e
tsoang teng; ho hana ka ho isa ntho e rekiloeng kapa e fanoeng morao.
Kgutlisetso (kgu-tli-se-tso) /reject/ Ketso ya ho kgutlisetsa: ho isa ntho e sa lokang
moo e tsoang teng; ho hana ka ho isa ntho e rekiloeng kapa e fanoeng morao.
Kgutliso (kgu-tli-saw) /return/ Ketso ya ho kgutlisa: ho etsa hore se adingoeng kapa
se kadimiloeng se ye ho monga sona. Ho isa ntho e itseng morao moo e tsoang teng;
ketsiso ya ho kgutla.
Kgutlisoa (kgu-tli-swa) // Boetsuwa ba ho kgutlisa.
Kgutlo (kgu-tlaw) /full stop/ Letshwao la sebopeho puo le bontshang ho emisa hoa
polelo, serapa kapa lentsoe. Mohl. (.) (bap. feeloana).
Kgutlo (//) /the return/ Ketso ya ho kgutla: ho bateng ka mora ho nyamela.
Kgutloana (kgu-tlwa-na) /colon/ Letshwao leo ka mora lona le bontshang ho hlalosa
lentsoe kapa polelo e tlileng pele ho lona. Mohl. ( : ) Ntja: ke phoofolo ya hae.
Kgutlotharo (kgu-tlaw-tha-ru) /triangle/ E nang le mahlakore a mararo; tse tharo ka
mahlakore; tse bontshang boraro ka sebopeho. /bon. Dikgutlotharo/.
Kgutsa (kgu-tsa) /calm, silent, quiet/ Ho thola hoa modumo kapa lerata; ho fela hoa
sephethephethe le tshubutlellano. (bap. thola).
Kgutsana (kgu-tsa-na) /orphan/ Motho ya hlokang motsoadi kapa batsoadi; motho
ya hlokang bahabo. /bon. dikgutsana, makgutsana/.
Kgutsana (kgu-tsa-na) (ho tlosa kgutsana) /orphan ceremony/ Moetlo wa Basotho
wa ho etsa mosebetsi wa bana kapa ngoana ya hlokaheletsoeng ke motsoadi kapa
batsoadi. Lelomolo la ho hlaba kgutshoane kapa kgomo le ho rathola joala bakeng sa
ngoana ya lahlehetsoeng ke motsoadi kapa batsoadi. /bon. 0/.
Kgutsanakgudu (kgu-tsa-na-kgu-du) /orphan/ Ngoana ya hlokaheletsoeng ke mmae
le ntatae; motho ya hlokang mme le ntate. /bon. Dikgutsanakgudu/
Kgutsanakgutse (kgu-tsa-na-kg-tse) /ultimate orphan/ Motho kapa ngoana ya
hlokang batsoadi bohle le ba habo ka botlalo. /bon. Dikgutsanakgutse/.
Kgutsanehisa (kgu-tsa-ne-hi-sa) /to orphan/ Ho etsa hore motho a hloke motsoadi
kapa batsoadi; ho etsa hore motho a hloke ba habo kapa e be kgutsana.
Kgutsanehiso (kgu-tsa-ne-his-aw) /orphanage/ Ketso ya ho kgutsanehisa: ho etsa
hore motho a hloke motsoadi kapa batsoadi; ho etsa hore motho a hloke ba habo kapa
e be kgutsana.
Kgutsanehisong (kgu-tsa-ne-hi-saw-ng) /orphanage/ Sebaka seo ho dulang
dikgutsana teng; moaho kapa ntlo ya dikgutsana. /bon. dikgutsanehisong/
Kgutshoane (kguts-hwa-ne) /short/ E hlokang bolele ba mmele; e hlokang
bophahamo ba mmele. (Bap. kgutshoanyane). Mael. Ho ba le pelo e kgutshoane: ho
225
226
kgena ha bobebe; ho koata ka pelenyana; ho utloa bohloko ka pelenyana; ho
hlabehisoa ke ntho e nyane kapa masawana.
Kgutshoane (//) /of domestic animal: small/ Phoofolo tsa hae tse nyane joalo ka
nku, podi, kolobe le tse ding tse ruuwang tse hlokang bophahamo kapa mmele o
molelele. /bon. Dikgutshoane/.
Kgutshoanyane (kguts-hwan-ya-ne) /in short, briefly/ Ka tsela eo eseng telele
haholo; ka tsela e kgutshoane kapa ka bokgutshoanyane; ka ho akaretsa ditaba ka
tsela eo eseng telele. (bap. kgutshoane).
Kgutsisa (kgu-tsi-sa) /pacify, calm/ Ketsiso ya ho kgutsa: ho etsa hore modumo
kapa lerata le fele; ho etsa hore sephethephethe le tshubutlellano di emise.
Kgutsiso (kgu-tsi-saw) /pacification/ Ketso ya ho kgutsisa: phediso ya lerata,
modumo o mongata, sephethephethe le tshubutlellano.
Kgutsitse (kgu-tsi-tse) /calm, quiet, silent/ E boemong ba kgutso. E hlokang lerata.
Kgutso (kgu-tso) /calm, peace, quitness, silence/ Boteng ba kgotso: tlhokahalo ya
lerata, modumo, sephethephethe le tshubutlellano. Ketso ya ho kgutsa. (bap. tholo).
Kgutso (kgu-tso) /harmony/ Boteng ba kgotso e phethahetseng; boemo bo nang le
kgotso: bo hlokang morusu kapa bokudi. (bap. kgotso).
Kgutsufaditse (kgu-tsu-fa-di-tse) /abbreviated/ Bokgale ba ho kgutsufatsa.
Kgutsufaditsoe (kgu-tsu-fa-di-tswe) /abbreviated/ Boetsuwa ba ho kgutsufatsa.
Kgutsufala (kgu-tsu-fa-la) /shorten/ Ho ba kgutshoane ka sebopeho; ho ba nyane ka
bolelele kapa bophahamo.
Kgutsufalo (kgu-tsu-fa-law) /shortening/ Ketso ya ho kgutsufala: nyenyefatso ya
sebopeho sa bolelele le bophahamo.
Kgutsufatsa (kgu-tsu-fa-tsa) /abbreviate/ Ho etsa hore lentsoe, polelo kapa puo e be
nyane ka sebopeho; ho nyenyefatsa ditlhaku tsa lentsoe. (bap. kgaoletsa).
Kgutsufatso (kgu-tsu-fa-tsaw) /abbreviation/ Nyenyefatso ya ditlhaku tsa mantsoe;
nyenyefatso ya polelo kapa puo e telele. (bap. kgaoletso).
Kgutsufatsoa (kgu-tsu-fats-wa) // Boetsuwa ba ho kgutsufatsa.
Kh (kh) // Sehlongoapele seo hangata se thatafatsang maetsi a qalang ka tlhaku “H”
ho a etsa mareho/mabitso. Mohl. Hatsetsa=khatsetso, Haba=khabo, haella=khaello,
habanya=khabanyo,
hauhela=khauhelo,
habela=khabelo,
hadima=khadimo,
haela=khaello, hotetsa=khotetso, hofola=khofolo, hela=khelo, hiba=khibo,
hoanta=khoanto, hohola=khoholo, hula=khulo, hulanya=khulanyo, jj. Tem. Ka
Sesotho sa naha ya Lesotho, “Kh” e sebedisoa joalo ka “Kg”.
Khabanyo (kha-ban-yaw) /slight look/ Ketso ya ho habanya: ho sheba ntho kapa
motho ka ho se shebisisi hantle; ho lebisa leihlo ka ho se natse haholo; ho sheba ntle
le botio. (bap. qekotsa, qekotso, qamaka).
Khabeletso (kha-be-le-tso) /hastiness, haste/ Ketso ya ho habeletsa: ho tsamaya ka
potlako; ho tsamaya kapele.
Khabelo (kha-be-law) /vegetable cutting/ Ketso ya ho habela: ho poma moroho hore
o be dikotoana bakeng sa ho pheha. (bap. habela).
Khabeshe (kha-bi-shi) /cabbage/ Mofuta wa moroho o holang ka ho etsa kotola e
chitjana, e bokantle bo botala le bokahare bo bosoeu. /bon. dikhabeshe/
Khabo (kha-baw) /hurriness, haste/ Ketso ya ho haba: ho tsamaya ka matjato
bakeng sa ho ya bona kapa ho sheba ketsahalo e itseng.
Khadikiso (kha-di-ki-so) /scary eye signs/ Ketso ya ho hadikisa: ho sotha mahlo
kapa ho se be mahlong ka baka la letsoalo kapa tshabo.
Khadiko (kha-di-kaw) /frying, braai/ Ketso ya ho hadika: ho besa nama kapa sejo
ntle le ho sebedisa metsi kapa ho tshela metsi. /bon. Dikhadiko/ (bap. besa).
226
227
Khadimo (kha-di-maw) /lightning, thundering/ Ketso ya ho hadima: ho bonesa hoa
maru nakong tsa dipula tse matla. (bap. letsolo, lehadima).
Khaello (kha-el-law) /inadequacy, scarcity, insufficiency/ Ketso ya ho haella: ho ba
nyane hofeta kamoo ntho e hlokahalang kapa e batloang.
Khaello (kha-el-law) /shortcoming, drawback, flaw/ Bofokodi ba motho: se bakang
hore motho a hloke matla a ho tshetleha mabaka. Se bakang hore motho a se kgone
ho etsa se itseng. (bap. bofokodi).
Khahlamelo (kha-hla-me-law) /effect, aftermath/ Ketso ya ho hahlamela: ho ba le
tshutshumetso nthong e itseng; ho ba le tlhotlholetso. (bap. Kgahlamelo).
Khailo (kha-il-aw) /granulation, grinding/ Ketso ya ho haila: ho sila poone, mabele
kapa sejo se itseng ho etsa phofo kapa sejothollo.
Khakhabo (kha-kha-baw) /creeping, crawling/ Ketso ya ho hahaba: ho tsamaya ka
mpa; ho hosha ka bokatlase ba mmele. (bap. kgaso).
Khako (kha-kaw) // Ketso ya ho haka: ho beha letsoho hodima lehetla la motho
emong; ho hokela ka thapo kapa ketane.
Khakollo (kha-kul-law) /disconnection/ Ketso ya ho hakolla: ho etsa hore ntho tse
kopaneng di lokolohe. Tlh. Lentsoe le nepahetseng haholo ke “khakollo” hofeta
“hakollo”.
Khakollo (kha-kul-law) /correction/ Ketso ya ho hakolla kapa ho thusa ho fana ka
karabo e nepahetseng bakeng sa potso; ho lokisa phoso. (bap. hakollo).
Khalalelo (kha-la-le-law) /holiness, sacrosanctity/ Ketso ya ho halalela: boemo ba
ho ba le moya o halalelang; ho ba le moya wa Modimo; boemo ba diketso tsa
semoya.
Khalaletso (kha-la-le-tso) /hallowedness/ Ketso ya ho halaletsa: ho etsa motho a
halalele; ketsiso ya ho halalela. (bap. kolobetso).
Khalefiso (kha-le-fi-so) /fury/ Ketso ya ho halefisa: ho baka bohale bo boholo; ho
etsa hore motho a kgene haholo.
Khalefo (kha-le-faw) /wrath, anger/ Ketso ya ho halefa: bohale bo boholo haholo;
ho hloka thabo ka ho bua ka bohale; ho bua ka ho phahamisa lentsoe ka baka la ho
kgena; ho bontsha bosio ba monyaka ka diketso le dipuo tse itseng. (bap. kwata).
Khamakhamane (kha-ma-kha-ma-ne) /rumex laceolatus/ Semela sa naha, haholo
matsoapong kapa dithabeng, se ka sebedisoang joalo ka moriana wa mala ha se
kopantsoe hantle. /bon. dikhamakhamane/ (mm. khama-khamane, kgamakgamane).
Khamo (kha-maw) /milking/ Ketso ya ho hama: ho ntsha lebese letsoeleng.
Khanano (kha-na-naw) /incompatebility/ Ketso ya ho hanana: ho se dumellane ka
ketso, puo, mokgoa le tloaelo. Ho se kgeme mmoho.
Khanello (kha-nel-law) /barring/ Ketso ya ho hanella: Ho dula sebakeng ka ho se
batle ho tloha, sutha kapa ho tsitsinyeha; ho etela sebaka kgafetsa kapa nako le nako.
Khanelo (kha-ne-law) /revoking, refusal/ Ketso ya ho hanela: Ho thibela motho
kapa ntho ho etsa ketso e itseng; ho se fane ka tumello.
Khano (kha-naw) /denial, refusal/ Ketso ya ho hana: ho se batle ho etsa ntho e
itseng; ho hana ho nka taelo.
Khanyetso (kha-nye-tso) /opposition/ Ketso ya ho hanyetsa: mokgoa wa ho etsa
diketso le dipuo tse kgahlanong le motho, mokga, sehlopha kapa mokgatlo omong;
tloaelo le boemo ba ho ba mohanyetsi.
Khanyetso (khan-ye-tso) /contradiction, resistance/ Ketso ya ho hanyetsa: Ho se
dumellane kapa ho se tsamaisane le; ho ba kgahlanong le; ho hana taelo kapa ntlha
kemo ya. (bap. kganyetso).
227
228
Khapeletso (kha-pe-le-tso) /force, coersion/ Ketso ya ho hapeletsa: mokgoa wa ho
etsa hore motho emong a etse ketso ntle le boikemisetso. /bon. dikhapeletso/
Khapha (kha-pha) /to vomit voluntarily/ Ho hlatsa ka maikemisetso; ho noa
moriana kapa metsi a nang le moriana ka sepheo sa ho ntsha nyoko kapa ho hlatsoa
mala. Tlh. Ho “khapha” le ho “hlatsa” ke mantsoe a mabedi a bontshang ketsahalo
tse fapaneng. (bap. ho hlatsa).
Khapo (kha-paw) /victory, conquest, triumph/ Ketso ya ho hapa: ho hlola ntoeng;
ho nka ka ntoa kapa dikgoka; ho nka ka mahahapa. (bap. tlholo).
Kharelo (kha-re-law) /wrapping, roll around/ Ketso ya ho harela: ho pota mmele
ohle kapa karolo; ho ba nqa tsohle kapa sebakeng se itseng sa mmele ka ho thatela;
ho dika ntho e itseng.
Kharolo (kha-ru-law) /devouring/ Ketso ya ho harola: ho hlasela ka ho ntsha
dinama; ho bolaya ka ho kopakopanya ditho tsa mmele; ho hlasela ka ho sebedisa
meno a bohale.
Khasakhaso (kha-sa-kha-saw) /propaganda/ Ketso ya ho hasahasa: ho bua hampe
ka mokga kapa mokgatlo o itseng ka sepheo sa ho phomellisa mokga wa heno;
tloaelo ya ho bua hampe ka mokga o mong ka sepheo sa ho phomella; mokgoa wa ho
bua hantle ka mokga kapa sehlopha sa heno le ha ho hlokahala bonnete. (bap.
pheteletso).
Khasanyo (kha-san-yaw) /dispersal/ Ketso ya ho hasanya: ho isa hohle ka bongata;
ho isa dibakeng tse ngata tse fapaneng.
Khaso (kha-saw) /broadcasting/ Ketso ya ho hasa ditaba: ho phatlalatsa diketsahalo
tsa tikoloho ka sealemoya, thelefishini kapa lesedinyana. Tlh. Lentsoe le nepehatseng
ke “khaso” hofeta “kgaso”. (bap. kgaso).
Khatikelo (khat-hi-ke-law) /severing/ Ketso ya ho hatikela: ho otla ka ho lematsa ha
bohloko ka ho hata le ho rahaka.
Khatiso (kha-ti-so) /signature/ Ketso ya ho hatisa: ho ngola ka mongolo o qollang
ya ngolang; mongolo o kgethehileng.
Khatsetso (kha-tse-tso) /glaciation, benumbing/ Ketso ya ho hatsetsa: ho etsa kapa
ho baka hore motho kapa ntho e hatsele haholo. (bap. sehatsetsi).
Khauhelo (kha-u-he-law) /mitigation, clemency, mercy/ Ketso ya ho hauhela: ho
utloela bohloko ka ho etsetsa ketso e itseng.
Khaulo (kha-u-law) /poignance/ Ketso ya ho haula: Ho utloisa bohloko ka baka la
boemo kapa ketsahalo e etsahalang ho motho; ho bakela kutloelo bohloko. (bap.
mahlomola).
Kheleho (khi-li-haw) /sliding/ Ketso ya ho heleha: ho wa hoa mobu, majoe kapa
mafika thabeng, selomong, lengopeng kapa letsoapong. (bap. wela).
Kheletso (khi-lets-aw) /demolition/ Ketso ya ho heletsa: Ho dia kapa ho isa fatshe ka
sepheo sa ho senya moaho; ho diela moaho fatshe.
Khelo (khe-law) /mowing/ Ketso ya ho hela: ho poma joang; ho faola mohloa.
Khemeselo (khe-me-se-law) /panting/ Ketso ya ho hemesela: ho hema haholo ka
mora ketsahalo e tshosang kapa ka mora ho loana kapa ho matha haholo.
Khemo (khe-maw) /inhilation, perspiration/ Ketso ya ho hema: Ho ntsha le ho
kenya moya ka nko; ho bontsha bophelo ka ho phefumoloha. (bap. phefumoloho).
Khenakheno (khi-na-khi-naw) /meddlesomeness, irksome/ Ketso ya ho henahena:
phetako ya ho hena: tshokodiso ya motho ka ho mo tshoara tshoara ka makgetlo; ho
ama kapa ho thetsa motho ka tsela e tenang ka ho pheta ketso eo. (bap. hlopa).
Khetlo (khe-tlaw) /turning back/ Ketso ya ho hetla: Ho sheba morao; ho lebisa
molala le hlooho morao; ho tadima se ka morao. (bap. reteleho).
228
229
Khibo (khi-baw) /touch game/ Ketso ya ho hiba: Ho thetsa motho ka letsoho ebe ya
thetsang o wa baleha hofihlela le yena a thetsoa. Ho etsa papapadi ya dihibo.
Khoamiso (khwa-mi-so) /solidification/ Ketso ya ho hoamisa: Ho etsa hore lero
kapa mafura a thatafale.
Khoanto (khwa-ntaw) /marching/ Ketso ya ho hoanta: motsamao wa batho ba
bangata o potlakileng, o bontshang boikonko. Motsamao wa batho ba ipelaetsang
kapa ba tletlebang. Motsamao wa masole. /bon. mehoanto/ (bap. mohoanto).
Khoatallelo (khwa-tal-le-law) /in persuit of/ Ketso ya ho hoatallela: Ho sala morao
ka mokgoa oseng motle. Ho latella ho phethahatsa boemo bo itseng.
Khoatallo (khwa-tal-law) /persuit/ Ketso ya ho hoatalla: ho latella ka sekgahla.
Khobo (khu-baw) /brink of boiling/ Ketso ya ho hoba: ho ba makgatheng a ho bela
hoa metsi; ho etsa modumo wa metsi a batlang ho bela.
Khobulo (kho-bu-law) /barking/ Hoa ntja: ketso ya ho hobula: ho etsa modumo
kapa sello sa khalefo kapa bohale ba ntja; ho lla hoa ntja kapa phoofolo e tshoanang
le yona. (bap. bohola, rora, puruma).
Khodiso (kho-di-saw) /rearing, upbringing, raising/ Ketso ya ho hodisa: Ho eketsa
ka boholo, bophara, botenya kapa bolelele; ho etsa hore ntho e be kgolo.
Khoehlo (khwe-hlaw) /hand waving/ Ketso ya ho hoehla: ho phahamisetsa letsoho
ka sepheo sa ho dumedisa kapa ho bitsa.
Khoeletso (khwe-le-tso) (khoelehetso) /yelling, shouting/ Ketso ya ho hoelehetsa:
mokgoa wa ho phahamisa lentsoe haholo ka baka la ho bitsa motho kapa ntho e
itseng; ho phahamisa lentsoe bakeng sa ho batla thuso. Tem. Batho babang ba kgetha
ho sebedisa lentsoe “khoeletso” bakeng sa “khoelehetso” ho ya ka dibaka kapa tulo.
Khokahanyo (khu-ka-han-yaw) /amalgamation/ Ketso ya ho hokahanya: Ho etsa
hore dibaka di kopane; ho etsa hore dintho tse itseng di be mmoho tlasa taolo e le
nngwe. (bap. kopanyo).
Kholo (khu-law) /growing/ Ketso ya ho hola: Ho eketseha hoa mmele ka bolelele
kapa botenya; ho eketseha hoa kelello ka baka la dilemo tse phetsoeng. (bap. kgolo).
Kholofatso (khaw-law-fa-tso) /disability, paralysing/ Ketso ya ho holofatsa: Ho
etsa hore ntho kapa motho a hlolehe ho sebedisa setho sa mmele, kapa kelello ka
baka la bokudi, temalo kapa kotsi e itseng ya boko.
Khomputha (komp-yut-ha) (khomputhara) /computer/ Enngwe ya disebediosa tsa
sejoalejoale se akgang ka sefahleho (monitor), toejana (mouse), setlanyi (keyboard)
le bokoana (CPU), se sebedisoang ho etsa ntho tse ngata ka ho fetisisa seleseng tse
kenyeletsang ho hatisa, ho ngola (microsoft word), ho beha dintlha, ho kopanya, ho
hopola, ho etsa manane le lethathama (microsoft excel, microsoft access) le dintho tse
ding tse ngata. /bon. dikhomputha, dikhomputara/.
Khonsarete (khon-sa-re-te) /concert/ (sheb. Timiti bakeng sa tshebediso).
Khonyelo (khon-ye-law) /shrinkage/ Ketso ya ho honyela: Ho etsa hore ntho e be
nyane ka sebopeho; ho nyenyefatsa ka tsela e itseng.
229
230
Khonyetso (khon-ye-tso) /contraction, shrivel, shrinkage/ Ketso ya ho honyetsa:
ho etsa hore ntho e be nyane; ho nyenyefatsa boholo ba ntho.
Khoriana (kho-ri-ana) /accordion/ Seletsa se ratoang ke Basotho haholo se letsoang
ka ho sarolla bokahare ba sona bo bakang moya, le ho tobetsa dikonopo tse ka
mahlakoreng. /bon. dikhoriana/ (bap. korosetina) (sheb. Diletsa).
Khoriso (kho-ri-saw) /effacement, food ramnants removal/ Ketso ya ho horisa: ho
tlosa masalla a dijo, pitseng kapa sejaneng, ka letsoho kapa ntho e itseng.
Khopolo (khu-pu-law) /remembrance/ (sheb. kgopolo bakeng sa tshebediso).
Khotetso (kho-te-tso) /ignition/ Ketso ya ho hotetsa: Ho etsa hore mollo o tuke; ho
etsa hore lelakabe le be teng.(bap. lakabetso).
Khotsulako (kho-tsu-la-kaw) /repeat rooting out/ Ketso ya ho hotsulaka: boemo bo
phethahaneng ba ho ntsha semela mobung mmoho le motloang wa sona.
Khotsulo (kho-tsu-law) /rooting out/ Ketso ya ho hotsula: ho ntsha semela mobung;
ho epolla sejalo ka ho se hula mobung mmoho le methapo ya sona.
Khukhubiso (khu-khu-bi-so)/of a trouser: dangling/ Ketso ya ho huhubisa kapa ho
huhuba hoa seaparo, haholo mose kapa borikgoe bo boholo: boemo ba ho leketlela
fatshe kapa ho thetsa fatshe ka lebaka la boholo ba seaparo.
Khukhumba (khu-khu-mba) /cucumber/ Mofuta wa semela se nale le melebo e
hlahisang kotola, seka tjoto e mototsoana, e tala ka mmala, eo hangata e sebedisoang
ho etsa mofutsoela (salad). /bon. dikhukhumba/ (sheb. Meroho).
Khulakhulano (khu-la-khu-lan-yaw)/dispute, feud, wrangle/ Ketso ya ho
hulahulana: boemo ba toantshano le ho se utloane; tloaelo ya ho qhoebeshana le ho se
utloane ka dipuo. /bon. Dikhulakhulano/ Mohl. Ekare nako e ngata ho na le
dikhulakhulano mekgatlong ya dipolotiki tsa Afrika. Khulakhulano tse pakeng tsa
Thabo Mbeki le Jacob Zuma di tla fela neng?. (mm. Khulakhulanyo).
Khulakhulo (khu-la-khu-law) /irksome pulling/ Ketso ya ho hulahula: ho tosa kapa
ho hula motho ka tsela e sa kgotsofatseng; ho hula makgetlo a mangata, hampe.
Khulako (khu-la-kaw) /repeat pulling/ Ketso ya ho hulaka: Ho tosa ntho kapa
motho hore a atamele; ho atametsa kapa ho hula ka ho sututsa nqa ya moetsi; phetako
ya ho hula.
Khulo (khu-law) /pulling/ Ketso ya ho hula: Ho tosa ntho kapa motho hore a
atamele; ho atametsa kapa ho hula ka ho sututsa nqa ya moetsi. (bap. boikhulo).
Kiba (ki-ba) /to stop leakage/ Ho etsa hore metsi a se ke a tsoa ka ho thiba lesoba;
ho koala moo ho dutlang teng.
Kibana (ki-ba-na) /blocked/ Ketsahalo ya ho kiba: e thibaneng lesoba la metsi; e
etsang hore metsi a hlolehe ho tsoa.
Kibano (ki-ba-naw) /blockage/ Ketso ya ho kibana: koalo ya lesoba la metsi.
Kibo (ki-baw) /leakage stopping/ Ketso ya ho kiba: Ho etsa hore metsi a se ke a tsoa
ka ho thiba lesoba.
Kibolla (ki-bul-la) /unblock/ Ketsollo ya ho kiba: ho tlosa ntho e etsang hore metsi a
hlolehe ho phalla kapa ho tsoa lesobeng; ho ntsha metsi ka ho tlosa se a thibetseng.
Kibollo (ki-bul-law) /unblocking/ Ketso ya ho kibolla: ho tlosa ntho e thibang phallo
ya metsi lesobeng.
Kichini (ki-chi-ni) (kitjhene) /kitchen/ (sheb. Mokgoro bakeng sa tshebediso).
Kila (ki-la) /gizza/ Setho sa mmele, seka sephutheloana, sa kgoho kapa nonyana, se
tshelang dijo tse koentsoeng tse boemong ba ho siloa. /bon. dikila/ (bap. kitsana).
Kilana (ki-la-na) /small gizza/ Setho sa mmele se senyane haholo, seka
sephutheloana, sa kgoho kapa nonyana, se tshelang dijo tse koentsoeng tse boemong
ba ho siloa. /bon. dikilana/ (bap. kitsana).
230
231
Kile (ki-le) (kileng) (nkile) /I once, it once, he or she once/ Eo ka letsatsi leleng e
etsahetseng ka tsela e itseng; ya kapa ba entseng se itseng nako e fetileng. Mohl. O
kile wa tsamaya le batho ba dinokoane. A o kile wa lahleha bophelong ba hao? O
kile a bua ka taba ena. Nna nkile ka bona moloi, wena? Ebe ba kile ba utloa ka tsa
lefu la Mugabe? Re kile ra utloana nna le yena. Ke mang ya kileng a bona mohlolo o
tjena?
Kimelo (ki-me-law) /heaviness/ Ketso ya ho imela kapa ho sitoa ke ntho e thata kapa
e boima. Boemo ba ho hloloa ke moroalo kapa thoto e ngata. Boemo ba ho se nahane
hantle. Ketso ya ho thatafalloa kapa ho hloloa. /bon. Maime/
Kimollo (ki-mul-law) /alleviation, mitigation, mollification/ Ketso ya ho imolla:
phokoletso ya bothata kapa boima; phediso ya boima kapa bohloko; mokgoa wa ho
nyenyefatsa kapa ho bebofaletsa moroalo kapa mathata; phokotso ya kotlo kapa
kahlolo e thata.
Kinamelo (ki-na-me-lo) /worshiping, bowing down for/ Ketso ya ho inamela: ho
kgumamela le ho rapela Modimo; ho isa hlooho fatshe bakeng sa ntho e itseng; ho
rata ntho kapa motho ka tsela ya ho mo etsa modingoana.
Kinamo (ki-na-maw) /worship, reverence, bowing/ Ketso ya ho inama: ho isa
hlooho fatshe ka sesupo sa ho hlompha kapa ho rapela; ho rata ntho kapa motho ka
tsela ya ho mo etsa modingoana. (bap. Kgumamela).
Kinipitang (ki-ni-pi-ta-ng) /plier/ Sesebedisoa sa tshepe se sebedisoang bakeng sa
ho tlama le ho tlamolla diboutu; ho tiisa le ho tiisolla ditshepe. /bon. dikinipitang/
Kiribae (kiri-bae) /wheelbarrow/ (sheb. Kirifae bakeng sa tshebediso).
Kirifae (ki-ri-fae) (kiribae) /wheelbarrow/ Sesebedisoa se tshelang le ho jara ntho
tse itseng ho tloha sebakeng seseng ho ya ho seseng. Tlh. Batho babang ba bitsa
sesebedisoa sena “kiribae”. /bon. dikiribae, dikirifae/.
Kitimediso (ki-ti-me-di-so) /leading to initiation school/ Ketso ya ho kitimetsa: ho
etsa hore motho a ye lebollong pele ho nako.
Kitimela (ki-ti-me-la) /to go to initiation school suddenly/ Ho ya lebollong pele ho
nako kapa ntle le tumello ya batsoadi. (bap. bolotsa, bolla).
Kitimelo (ki-ti-me-law) /unplanned initiation school going/ Ketso ya ho kitimela:
lebollo ntle le tumello ya batsoadi; lebollo ka thato ya moetsi.
Kitimetsa (ki-ti-me-tsa) /cause to go to initiation school/ Ketsiso ya ho kitimela.
Kitlaeditse (ki-tla-e-di-tse) // Bokgale ba ho kitlaetsa. (bap. moikitlaetsi).
Kitlaeditsoe (ki-tla-e-di-tswe) // Boetsuwa le bokgale ba ho kitlaetsa.
Kitlaetsa (ki-tla-etsa) /to attempt, endevour, try/ Ho leka ho etsa ketso e itseng; ho
bontsha boikitlaetso ba ho etsa se itseng le ha ho le thata.
Kitlaetso (ki-tla-ets-aw) /an attempt/ Ketso ya ho kitlaetsa: boiteko ba ho etsa ketso
e itseng. (bap. boikitlaetso).
Kitlaetsoa (ki-tla-ets-wa) // Boetsuwa ba ho kitlaetsa.
Kitsana (ki-tsa-na) /gizza/ Setho sa mmele sa kgoho kapa nonyana, seka mokotla
kapa sephutheloana, se tshelang dijo tse koentsoeng tse boemong ba ho siloa ke ditho
tsa yona. /bon. dikitsana/ (bap. kilana).
Ko (ko) /there, over there/ Lesupa le bontshang sebaka se hojana. Tlh. Lentsoe lena,
“ko” le sebedisoa haholo ke Basotho ba mabalane kapa metseng ya ditoropo. Ntle le
moo le sebedisoa ke Batswana le Bapedi. Kgetho ya Basotho e nepahetseng ke:
“koana”, “koanana” le “koa”. (mm. Kwa, kwale, kwana, kwanana, kwano,
kwanono).
Koa (kwa) /there/ Lesupa le bontshang sebaka se hojana. (bap. nqane) (mm. Kwa).
231
232
Koadisa (kwa-di-sa) (kwadisa) /to close perfectly/ Ketsiso ya ho koala: ho etsa hore
motho a koale monyako kapa lemati hantle.
Koadisitse (kwa-di-si-tse) // Ketsiso ya ho koala.
Koadisisitse (kwa-di-si-tse) // Ketsisiso ya ho koala.
Koadiso (kwa-di-saw) /perfect closure/ Ketso ya ho koadisa: boemo ba ho koala
lemati hantle. Pakiso ya ho koala.
Koae (kwa-i) (kwae) /bride‟s welcome ceremony/ Lelomolo la Sesotho la ho
amohela ngoetsi ka ho hlaba kgutshoane le ho rathola joala. Mosebertsi wa kamohelo
ya mosadi e mocha ya sa tsoa nyaloa. Kananelo ya monyaduwa. /bon. 0/.
Koafa (kwa-fa) /guava/ Mofuta wa tholoana e kgubetsoana kapa tshehla, eo
bokahare ba yona bo nang le dithotse tse tshetshane, eo hangata e sebedisoang haholo
ho etsa jeme ebile e ka jewa mmoho le letlalo la yona. /bon. dikoafa/ (mm. kwafa).
Koahela (kwa-he-la) /to cover/ Ho beha sekoahelo hodima pitsa kapa ntho e
koaheloang; ho kgukgumetsa ka sekoalo kapa sekoahelo.
Koahelo (kwa-he-law) /covering/ Ketso ya ho koahela: ho beha sekoahelo hodima
pitsa kapa ntho e koaheloang; ho kgukgumetsa ka sekoalo kapa sekoahelo. (bap.
sekoahelo).
Koahlaha (kwa-hla-ha) /show regret, remorse/ Ho bontsha masoabi ka ketso e mpe
e entsoeng ke moetsi; ho bontsha ho itshoaya phoso bakeng sa sebe se entsoeng.
Koakoa (kwa-kwa) /tomma hawk/ Mofuta wa sebetsa se bohale, seo ekareng selepe,
se sebediosang bakeng sa ho loana. /bon. dikoakoa/ (mm. Kwakwa).
Koala (kwa-la) /close/ Ho etsa hore monyako o se bulehe; ho thibela bokeno ba
monyako; ho etsa hore sebaka se se kenoe kapa ho se fetoe. (mm. Kwala).
Koalla (kwal-la) /incarcerate, confine, imprison/ Ho isa ntloanatshoana; ho kenya
chankaneng ka lebaka la molato o entsoeng; ho beha motho ya thotsoeng molato
teronkong.
Koalla (kwal-la) /close for/ Ketsetso ya ho koala: ho etsa hore emong a se kgone ho
kena ka ho koala lemati; ho thibella bokeno.
Koalletse (kwal-le-tse) /incarcerated, confined, imprisoned/ Bokgale ba ho koalla.
Koalletsoe (kwal-le-tswe) /incarcerated/ Boetsuwa le bokgale ba ho koalla.
Koalletsoe (kwal-le-tswe) /barred, impeded/ Ho ba boemong ba ho thibeloa ho ya
sebakeng seseng; ho se kgone ho fetela moo ho uwang teng.
Koallo (kwal-law) /incarceration, confinement/ Ketso ya ho koalla: ho isa
ntloanatshoana; ho kenya chankaneng ka lebaka la molato o entsoeng; ho beha motho
ya thotsoeng molato teronkong.
Koalloa (kwal-lwa) (kwallwa) /incarcerated/ Boetsuwa ba ho koalla.
Koalo (kwa-law) /closure/ Ketso ya ho koala: thibelo ya pulo ya monyako; thibelo
ya bokeno; ketso ya ho etsa hore sebaka se se kenoe kapa ho se fetoe. (mm. Kwalo).
Koana (kwa-na) /though, although, however / Le ha ho le joalo; le hofeta moo.
Lentsoe le kopanyang dipolelo ka ho bontsha phetoho ya maikutlo kapa ketsahalo.
Mohl. Ke tla tsamaya, leha koana kene ke batla ho dula nakoana. Ke utloile ka qeto
e entsoeng, leha koana ke sa dumellane le yona. Koana nna mmuso wa kgethollo ke
ne ke sa o rate le ha batho ba babang ba ho hopola.
Koana (kwa-na) /over there/ Lesupa le bontshang sebaka se hojana le mmuwi. (bap.
Mane, manene). (bap. ko) (mm. Kwana, kwanana, kwano, kwanono).
Koano (kwa-nu) /over here/ Lesupa le bontshang ntho e haufinyane; ntho e hona
mona; pela mmuwi kapa mmuiswa. (mm. kwano).
Koaretene (kwa-re-te-ne) // Chelete ya kgale haholo, ya boleng ba nako eo. /bon.
dikoaretene/ (mm. Kwaretene).
232
233
Koata (kwa-ta) /barbarian, hooligan, hoodlum/ Motho ya phelang sekgale; motho
ya sa rutehang ebile a na le ketso tsa botlokotsebe; motho ya etsang diketso tsa
bokoata: boemo ba koata kapa motho ya etsang diketso tse sa tsamaisaneng le
sejoalejoale. /bon. bokoata, dikoata/.
Koata (//) /to be angry/ Ho ba pelo e bohloko ka ho bontsha bohale; ho hloka thabo
le monyaka; ho lahleheloa ke setsheho. Tem. Lentsoe kapa mantsoe a nepahetseng a
Sesotho ke “kgena”, “sulafalloa”, “sulafalletsoe” kapa “hlokofala”. Koata ke leetsi
molata kapa sothofatso ya lentsoe la seafrokanse, “kwat”.
Koatela (kwa-te-la) /to be angry for/ Ketsetso ya ho koata: ho koata bakeng sa.
Koatile (kwa-ti-le) /acrimonious, angry/ E bontshang maikutlo a ho kgena le ho
hloka monate pelong. Bokgale ba ho koata. (mm. kwatile).
Koatisa (kwa-ti-sa) /to cause to be angry/ Ketsiso ya ho koata: ho etsa hore pelo e
be bohloko ka ho bontsha bohale; ho hloka thabo le monyaka; ho lahleheloa ke
setsheho kapa monyaka.
Koatola (kwa-tu-la) /horse/ Pitsi ha e hlalosoa ka motsamao wa yona; lebitso la pere
kapa pitsi la semelo la Sesotho. Mofuta wa phoofolo e ruuwang, e sebedisoang
haholo bakeng sa ho kalangoa ha ho nkoa leeto, le ho panoa bakeng sa kariki, le ho
etsa ditlhodisano tsa mojaho kapa masiasiane. /bon. dikoatola/ (bap. pokola).
Koatsi (kwa-tsi) (kwatsi) /anthrax/ Lefu la dikgomo, dinku mmoho le dinyamatsana
tse ding le bakoang ke kokoanahloko e tshoaetsang ka lebaka la boya le dihlahisoa
tsa diphoofolo tse joalo.
Koba (ko-ba) /bend/ Ho etsa hore ntho e se otlolohe; ho etsa sekoekoe.
Kobo (ku-baw) /blanket/ Seaparo se sebedisoang bakeng sa ho robala; seaparo se
sebedisoang sa ho aparoa ka sepheo sa ho thibela mohatsela kapa serame; seaparo se
boima sa boya, haholo ba nku, se futhumalang ha se aperoe. Tem. Ha ho thoe motho
ke “leapara kobo”, ha ho bolele hore ke Mosotho hobane mang kapa mang a ka apara
kobo ese Mosotho. Leapara kobo ke mokgabo puo feela. Mael. Ke nta ya selomela
kobong: lehlabaphio kapa sera; motho ya iketsang eka o rata emong empa ho se joalo.
Koboanela (ku-ba-ne-la) /pandemic, endemic/ Ketso e etsahalang hohle, bathong ba
bangata, bakeng tse ngata. Lefu le tsoereng batho ba bangata. Ketsahalo kapa boemo
bo tummeng kapa bo atileng. Mohl. Lefu la phamokate ke koboanela.
Kobola (kaw-baw-la) /to hit with a beak/ Ho otla ka mokobolo: ho lematsa ka
molomo wa kgoho kapa nonyana.
Kobolo (kaw-baw-law) /beating with a beak/ Ketso ya ho kobola: tematso kapa
kotlo ka mokobolo wa nonyana kapa kgoho. (bap. Mokobolo).
Kobolla (ko-bul-la) /straighten/ Ho etsa hore ntho e otlolohe; ho fedisa kobeho; ho
tlosa sekoekoe kapa sehoro; ho otlolla se kobehileng. Ketsollo ya ho koba.
Kobollo (ko-bul-law) /straightening/ Ketso ya ho kobolla: ho etsa hore ntho e
otlolohe; ho fedisa kobeho; ho tlosa sekoekoe kapa sehoro; ho otlolla se kobehileng.
Koboloha (ko-bu-lu-ha) /straighten/ Ketsahalo ya ho kobolla: ho ba boemong bo
otlolohileng, bo hlokang sekoekoe kapa makgutla.
Koboloho (ko-bu-lu-haw) /straightening/ Ketso ya ho koboloha: ho ba boemong bo
otlolohileng, bo hlokang sekoekoe kapa makgutla.
Kobotse (ko-bo-tse) // Bokgale ba ho kobola.
Kobotsoe (ko-bo-tswe) // Boetsuwa le bokgale ba ho kobola.
Kobusela (ko-bu-se-la) /to walk like a fool/ Ho tsamaya joalo ka obuobu: motsamao
wa motho ya sa itekanelang kelellong ka baka la sebopeho sa hae sa mmele kapa
bohloko ba hlooho.
233
234
Kobuselo (ko-bu-se-law) /foolish move/ Ketso ya ho kobusela: motsamao wa motho
ya sa itekanelang kelellong. Motsamao wa obuobu. Mohato wa sehole.
Kobusetse (ko-bu-se-tse) // Bokgale ba ho kobusela.
Kobutsa (ko-bu-tsa) /to walk foolishly/ Ho tsamaya joalo ka obuobu: motsamao wa
motho ya sa itekanelang kelellong ka baka la sebopeho sa hae sa mmele kapa
bohloko ba hlooho. (bap. obuobu). Tlh. Lentsoe le nepahetseng haholo la Sesotho ke
ho “obutsa” hofeta “kobutsa”.
Kobutso (ko-bu-tso) /foolish walk/ Ketso ya ho obutsa: motsamao wa motho ya sa
itekanelang kelellong ka baka la sebopeho sa hae sa mmele kapa bohloko ba hlooho.
Kodi (ko-di) /defect/ Letheba le tshilafatsang setho sa mmele kapa mmele; lebadi le
sa hloekang mmeleng. /bon. dikodi/ (bap. sekodi).
Kodiamalla (ko-di-ya-mal-la) /sad song, dirge/ Pina e binoang ha ho na le ketsahalo
e bohloko; pina ya banna ya paka-mahlomola; pina ya ho itokisatsa ho loana kapa ho
ya ntoeng. /bon. 0/. (mm. Kodiyamalla, koli-ea-malla).
Koditshana (ko-dits-ha-na) /wild currant, Rhus divaricata/ Mofuta wa sefate se
seputsoa seo hangata se melang thabeng le dilomong ebile makala a sona a sebedisoa
joalo ka molamu kapa patsi . /bon. dikoditshana/ (mm. kolitsana).
Kodu (ko-du) /thyroid cartilage, adam‟s apple/ Leshoetla la mmetso le bonahalang
molaleng; enngwe ya setho sa mmele, ya molala, e hlahellang ho motho e motona
haholo. /bon. dikodu/ (bap. qoqotho).
Kodumela (ko-du-me-la) /downturn, degenerate, languish/ Ho ya tlase ho tsoa
hodimo; ho eba hoa ponahalo; ho nyamela ka mokgoa oo sebopeho se kekeng sa
hlola se bonahala hantle.
Kodumelo (ko-du-me-law) /degeneration, downturn/ Ketso ya ho kodumela:
mokgoa wa ho ya tlase ho tsoa hodimo; ketso ya ho nyamela ka mokgoa oo sebopeho
se kekeng sa hlola se bonahala hantle.
Kodumetse (ko-du-me-tse) /degenerated, dwiddled/ E boemng ba ho kodumela
kapa ho ya tlase le ho nyamela butle. Bokgale ba ho kodumela.
Kodutsoku (ko-du-tso-ku) (Kolutsoku) /Red-throated Wryneck/ Mofuta wa
nonyana e phelang ka ho ja mothamo wa maroana, matsoaitsoai le mefuta emeng ya
dikokonyana; e masiba a masootho bo kopantseng le bosweu mmoho le bokgunong;
e etsang ntloana ya yona ka ho phunya sefate lesoba. /bon. Dikodutsoku/.
KODUTSOKU (KOLUTSOKU)
Koduwa (ko-du-wa) /calamity, cataclism, catastrophe/ Ketso e bohloko e
hlahelang naha joalo ka moroallo wa metsi; komello e aparetseng naha; polao ya
batho ba bangata ka lefu la sewa kapa ka tlhaselo ya diqhomane tse kgolo.
Koduwa (ko-du-wa) /disaster/ Boemo bo bontshang ho hloleha ho phethahatsa
ketso e itseng bo soabisang; tlholeho ya ho phethahatsa morero o moholo.
Koeba (kwe-ba) /of a bull, stab with a horn/ Hoa kgomo kapa phoofolo enang le
manaka: ho ngoapa ka lenaka; ho lematsa ka lenaka.
Koeba (kwe-ba) /to fine/ Ho fana ka kahlolo; ho ahlola motho ya fumanoeng molato.
234
235
Koebo (kwe-bo) /fine/ Se fumantshoang motho ya molato: kotlo ya motho ya
fumanoeng molato lekgotleng la dinyewe. (bap. sekoebo).
Koebola (kwe-bu-la) /gore, pierce/ Ho etsa lesoba ka ntho e motsu; ho ngoapa ka ho
etsa lesoba kapa leqeba. (bap. thoebola).
Koebolo (kwe-bu-law) /piercing, goring/ Ketso ya ho koebola: ho etsa lesoba ka
ntho e motsu; ho ngoapa ka ho etsa lesoba kapa leqeba. (bap. thoebolo).
Koeetsa (kwe-etsa) /pond/ Sebaka sa noka moo metsi a emeng, moo ho nang le
ditlhapi kapa dibupuwa tsa metsi tse nyane. (bap. letsha, qanthana).
Koeetsa (kwe-etsa) /swiming pool/ Sebaka sa lapeng kapa motseng seo ho sesoang
ho sona. /bon. dikoeetsa/ (mm. Kweetsa).
Koefa (kwe-fa) /swanky move/ Ho tsamaya hoa koatola ha e ikonka; ho tsamaya
joalo ka pere ya koefa. (bap. tebuka).
Koefa (//) /horse walk/ Ho tsamaya kapa ho hata ka ho ikonka joalo ka pere.
Koefa (//) /to distribute in bulks/ Ho rekisa ka bongata kapa ka thoto.
Koefa (kwe-fa) /sport horse/ Koatola e sebedisoang bakeng sa dipapadi joalo ka ho
tlola, ho phahamisa leoto le ho etsa kguba kapa boqhetseke.
Koefisa (kwe-fi-sa) // Ketsiso ya ho koefa.
Koefiso (kwe-fi-saw) // Ketso ya ho koefisa.
Koefisoa (kwe-fi-swa) // Boetsuwa ba ho koefa.
Koekoe (kwe-kwe) (kwekwe) /Common Quail/ Mofuta wa nonyana ya naheng e
ratoang haholo ke badisana. /bon. dikoekoe/ Mael. Koekoe ya morao e tloha le
sepolo: motho ya etsang dintho ka lenama o fumana mathata kapa ha a fumane letho.
Koekoelemao (kwe-kwe-le-mao) /Common Sandpiper/ Mofuta wa nonyana e
masiba a bokahodimo ba mmele a mathokoa, le a masweu a bokatlase ba mmele; e
maoto a makgutshoane; e fumanoang haholo dibakeng tsa dinoka. /bon.
dikoekoelemao/. (mm. Koekoe-lemao, kwekwelemao).
KOEKOELEMAO (KWEKWELEMAO)
Koekoelete (kwi-kwi-le-te) // /bon. dikoekoelete/ (mm. kwekwelete) ??
Koekoetla (kwe-kwe-tla) /avoid/ Ho qoba motho kapa ntho ka ho nka tsela enngwe;
ho qoba ho natsa motho, puo, karabo kapa ketsahalo e itseng. (mm. Kwekwetla).
Koekoetlo (kwe-kwe-tlo) /avoidance/ Ketso ya ho koekoetla: mokgoa kapa tloalo ya
ho qoba motho kapa ntho ka ho nka tsela enngwe; ho qoba ho natsa motho, puo,
karabo kapa ketsahalo e itseng ka ho baleha kapa ho ba sio. (mm. Kwekwetlo).
Koena (kwe-na) /crocodile/ Mofuta wa sehahabi se phelang metsing a qanthana kapa
noka, o phelang le naheng ka nako tse ding, o letlalo le mahoashe, o meno a mangata
a bohale. /bon. Dikoena/ (bap. mokoena) (mm. kwena, kuena).
Koena (kwe-na) (Kuena) // Theneketso ya Mokoena. Wa pele ya anang sehahabi se
joalo (Koena) ebile a hlahile dilemong tsa bo 1400 mme a tsoala Khabo, Ngoato le
Ngoaketsi; Khabo a tsoala Masilo wa bobedi (eo aneng a tsejoa hape ka Mosito);
Masilo a tsoala Mokotedi le Napo; Napo a tsoala Motebang, Disema le Molapo;
Motebang a tsoala Molemo; Molemo a tsoala Tsolo le Tsoloane; Tsolo le Tsoloane
ba tsoala Tsotelo eleng ntata Bakoena ba HaModibedi, le Kadi (Monaheng) eleng
Ntata Bakoena ba ha Monaheng; Monaheng a tsoala Ntsane, Motloheloa, Motloang,
235
236
Mokotedi, Mokheseng le Monyane; Motloang a tsoala Mokhachane; Mokhachane a
tsoala morena Moshoeshoe wa pele le Morena Mopedi eo eleng ntata bakoena ba ha
Mopedi.
Koena (kwe-na) /peppermint/ Mofuta wa semela se hlahang pela noka kapa koeetsa,
se monko o bohale o monate, ebile se sebedisoa joalo ka moriana.
Koena (kwi-na) /to be healthy/ Ho ba le mmele o phetseng hantle, o shahlileng, o
matla ebile o hloka bokudi.
Koeneha (kwi-ni-ha) /perjure/ Ho fetohela puo kapa kano ya pele; ho fetola
maikutlo kgahlanong le seo se neng se tlameha ho etsoa kapa ho buuwa. (bap.
latola).
Koenehela (kwi-ni-he-la) /hostile to, counter/ Ketsetso ya ho koeneha: ho ba
kgahlanong le tshepiso e entsoeng pejana; ho fetola maikutlo kgahlanong le tshepiso
e entsoeng pejana. (bap. hlanohela).
Koenehelo (kwi-ni-he-law) /hostility towards/ Ketso ya ho koenehela: ketsetso ya
ho koeneha: tloaelo ya ho ba kgahlanong le tshepiso e entsoeng pejana; ho fetola
maikutlo kgahlanong le tshepiso e entsoeng pejana. (bap. tlhanohelo).
Koeneho (kwi-ni-haw) /perjury/ Ketso ya ho koeneha: ho fetohela puo kapa kano
ya pele; ho fetola maikutlo kgahlanong le seo se neng se tlameha ho etsoa kapa ho
buuwa. (bap. tatolo).
Koeneng (kwe-ne-ng) /place of Mokoena/ Sebaka seo ho dulang Bakoena ho sona;
moo ho busang kapa ho laolang Bakoena teng.
Koenne (kwin-ne) /healthy/ E nang le mmele o matla o phetseng hantle. (bap. batsi).
Koentse (kwi-ntse) /swallowed/ Bokgale ba ho koenya.
Koentsha (kwe-nts-ha) /to make to swallow/ Ketsiso ya ho koenya: ho baka kapa ho
thusa ho koenya kapa ho lahlela sejo nqa ya mmetso ho ya ka maleng.
Koentsho (kwe-nts-haw) /to help swallowing/ Ketso ya ho koentsha: pako ya ho
koenya kapa thuso ya ho koenya kapa ho lahlela sejo nqa ya mmetso ho ya ka
maleng.
Koenya (kwen-ya) /swallow/ Ho lahlela sejo kapa se jewang ka molomong le ho se
tsamaisa ka mmetso ka thuso ya leleme. (bap. Kometsa, hlafuna).
Koenyeha (kwin-ye-ha) /edible/ Ketsahalo ya ho koenya: e kgonang ho theohela le
mmetso ha bonolo; e lelemelang ha e nowa kapa e jewa.
Koenyeho (kwin-ye-haw) /edibility/ Ketso ya ho koenyaha: boemo ba ho jeha kapa
ho theohela le mmetso ha bonolo.
Koenyo (kwen-yaw) /swallowing/ Ketso ya ho koenya: Ho lahlela se jewang ka
molomong le ho se tsamaisa le mmetso ka thuso ya leleme. (bap. kometso).
Koepa (kwe-pa) /sting/ Hoa noha: ho hlaba ka leleme; ho fa chefu ka leino.
Koepere (kwe-pi-ri) /pear/ Mofuta wa tholoana e mototsoana e nang le lero le
monate, e jewang mmoho le letlalo la yona, e melang sefateng sa tholana e joalo.
Koepo (kwe-paw) /snake‟s sting/ Ketso ya ho koepa: ho longoa ke noha ka ho kenya
chefu ka leleme kapa meno. (bap. Mokoepa).
Koete (kwe-te) /handsome male person/ Monna e motle haholo; motho ya motona
ya nang le tshobotsi e ntle. /bon. dikoete, bokoete/ (bap. sebabole). (mm. Kwete).
Koetela (kwi-ti-la) /abduct, hijack/ Ho nka motho kapa ntho e itseng ntle le
tumellano. Ho hapa kapa ho nkela ka sheshe. (bap. shobela). (mm. Kwetela).
Koetelo (kwi-ti-law) /abduction, hijacking/ Ketso ya ho koetela: khapo ka dikgoka
kapa sheshe. (mm. Kwetelo).
Koetlisa (kwe-tli-sa) /train, exercise, exert/ Ho matlafatsa mmele mmoho le mesifa
wa ona ka ho ikotlolla, matha, sarolla mesifa le ho phahamisa ntho tse boima.
236
237
Koetlisitse (kwe-tli-si-tse) /trained, exercised/ Bokgale ba ho koetlisa.
Koetlisitsoe (kwe-tli-si-tswe) /trained/ Boetsuwa le bokgale ba ho koetlisa.
Koetliso (kwe-tli-so) /exercise, exertion/ Ketso ya ho koetlisa: tloaelo ya ho
matlafatsa mmele mmoho le mesifa wa ona ka ho ikotlolla, matha, sarolla mesifa le
ho phahamisa ntho tse boima. (bap. boikoetliso, boithapoloso).
Koetlisoa (kwe-tli-swa) /trained, excercised/ Boetsuwa ba ho koetlisa.
Koeyoko (ko-e-yaw-kaw) /curfew/ Nako ya pehelo ya ho kgetha motsamao wa batho
kapa ho tsamaya ka dinako tse kgethiloeng ka baka la boemo ba morusu wa sebaka
kapa naha. (bap. qomatsi) (mm. koeeoko).
Kofella (kaw-fel-la) /of food: to eat or mix with/ Hoa sejo kapa dijo: ho ja ka ho
kopanya mmoho le; ho ja ka ho tsoaka le.
Kofelletse (kaw-fel-le-tse) /mixed with/ Bokgale ba ho kofella.
Kofello (kaw-fel-lwa) /of food: mixture/ Ketso ya ho kofella: ho ja ka ho kopanya
mmoho le; ho ja ka ho tsoaka le.
Kofelloa (kaw-fel-lwa) /mixed/ Boetsuwa ba ho kofella. (mm. kofellwa).
Kofi (ko-fi) /coffee/ Seno se chesang se entsoeng ka peo e haitsoeng ya dimela tse
itseng. /bon. dikofi/.
Koietsa (ko-i-etsa) /to lull/ Ho etsa hore motho, haholo ngoana, a robale; ho etsa
hore boroko bo be teng ka ho etsa diketso tse itseng. Ho robatsa.
Koietso (ko-i-ets-aw) /lullaby, sleeping song/ Ketso ya ho koietsa: ho etsa hore
motho a robale; ho etsa hore boroko bo be teng ka ho etsa diketso tse itseng.
Koka (ko-ka) /still/ Ho dula fela ntle le ho etsa letho.
Kokamelo (ku-ka-me-law) /directorship/ Ketso ya ho okamela: Ho ba ka
sehlohlolong sa ho laola boemo bo itseng; ho etsa mosebetsi wa mookamedi; ho
sebetsa joalo ka mookamedi (bap. okamela, taolo).
Kokela (kaw-ke-la) /to be still for/ Ketsetso ya ho koka: ho dula ntle le ho etsa letho.
Kokelo (kaw-ke-law) /act of being still for/ Ketso ya ho kokela.
Koko (ko-ko) /exclamation: knock knock!/ Lekgotsa le sebedisoang bakeng sa ho
kena monyako, ka sepheo sa ho buleloa.
Koko (//) /monster/ Phoofolo e kgolo, e tshosang ya ditshomong; phoofolo e kgolo,
e tshosang ya ditorong; ntho e kgolo e tshosang. Setshosa bana. /bon. dikoko/.
Kokoana (ko-kwa-na) /virus, phathogen, antigen/ Mofuta wa sebupuwa se senyane
ka ho fitisisa, se fumanoang dithong kapa mmeleng wa ntho tse phelang, se bakang
mafu le mahloko a fapaneng, mme se qetelle se kodisa le ho bolaya phofu ya sona ha
se sa alafjoe kapa se sa thibeloe. /bon. dikokoana/.
Kokoanahloko (//) /bacteria, germ, virus/ Mofuta wa kokoanyana e nyane seka
sebupuwa, eo hangata e sa bonahaleng ka leihlo, eo boteng ba yona mmeleng bo
atisang lefu kapa bokudi bo itseng ebang e sa phekoloe kapa e sa thibeloe. Mofuta wa
phoofotsoana, seka lero, eo boteng ba yona bo bakang lefu. /bon. dikokoanahloko/
Kokoanyana (ko-kwan-ya-na) /insect/ Enngwe ya dibupuwa tse nyane, e fofang,
hahabang kapa e tsamayang. Enngwe ya lefapha la dibupuwa tse nyane, tse nang le
masiba, kapa dikgaketla, kapa maoto a mangata. /bon. Dikokoanyana/
DIKOKOANYANA, KOKOANYANA
Phepheng
Notshi.
237
238
Leroana.
Serurubele
Kgalabolokoe.
Sekgo
Kgalabolokoe
Monoang
Ntshintshi/Tshintshi.
Seroalankgoana
Monoang.
Seboba
Seboko
Seboko
Seboba
Lerutle
Tshitshidi.
Nta
letsetse
Sekgo
nta
Kokobana (kaw-kaw-ba-na) /shrink/ Hoa setho sa mmele: ho honyela ka baka la
bokudi kapa ho tsoa kotsi; ho holofala ka baka la lefu le itseng. (bap. tsutsubana).
Kokobane (kaw-kaw-ba-ne) /paralysed/ E omelletseng setho sa mmele ka lebaka la
mohatsela kapa bokudi; e nang le ponahalo e honyetseng. (bap. holofetse, omelletse).
Kokobano (kaw-kaw-ban-yaw) /shrinkage/ Ketso ya ho kokobana: ho honyela hoa
setho seseng sa mmele ka baka la bokudi kapa ho tsoa kotsi; ho holofala setho sa
mmele ka baka la lefu le itseng.
238
239
Kokobanya (kaw-kaw-ban-ya) /to shrinke, paralyse/ Ketsiso ya ho kokobana: ho
etsa hore setho sa mmele se honyele ka baka la bokudi kapa lefu le itseng.
Kokobanyo (kaw-kaw-ban-yaw) /shrinkage/ Ketso ya ho kokobanya: ho etsa hore
setho sa mmele se honyele ka baka la bokudi kapa lefu le itseng.
Kokobanyoa (kaw-kaw-ban-wa) // Boetsuwa ba ho kokobana.
Kokobela (kaw-kaw-be-la) /dwiddle, subside/ Ho felloa ke sekgahla sa ho etsa
ketso; ho fokotseha hoa ketsahalo e itseng. (bap. ikokobetsa).
Kokobelo (kaw-kaw-be-law) /dwiddling/ Ketso ya ho kokobela: phello ya sekgahla
sa ketso; phokotseho ya ketsahalo e itseng. (bap. loela).
Kokobetsa (ko-ko-be-tsa) /wane, ease, abate, ebb/ Ketsiso ya ho kokobela: ho etsa
hore boemo bo itseng bo ebe kapa bo fele hanyane, hanyane.
Kokobetse (ko-ko-be-tse) /decreased, recovered/ E boemong bo fokotsehileng: e
felletsoeng ke sekgahla sa pejana; eo bohale ba yona bo fokotsehileng.
Kokobetso (ko-ko-be-tso) /abatement, easening/ Ketso ya ho kokobetsa: ho etsa
hore boemo bo itseng bo ebe kapa bo fele hanyane hanyane.
Kokobetsoa (ko-ko-be-tswa) // Boetsuwa ba ho kokobetsa.
Kokoi (ko-koi) /Namaqua Sandgrouse/ Mofuta wa nonyana e masiba a masootho le
mapheo a kopantseng metsero e mesweu le botsho, e fumanoang Afrika e ka Borwa,
haholo naheng ya Lesotho; e bonahalang haholo bakeng tse hlokang difate; e phelang
haholo ka ho ja peo. /bon. dikokoi/.
KOKOI
Kokolo (ko-ku-law) /skimming/ Ketso ya ho okola: ho tlosa bokahodimo ba ntho e
metsi, haholo lekoeba kapa leloapi, le ka setshelong.
Kokolofitoe (kaw-kaw-law-fit-we)(kokolofitwe) /heron/ Mofuta wa nonyana e kgolo
ya naha, e maoto le molala o molelele, mokobolo o bohale, seka lerumo. /bon.
dikokolofitoe/. Tem. Nonyana ena e na le mefuta e mengata.
Kokololo (kaw-kaw-law-law)/exclamation: much better/ Lekgotsa kapa lentsoe le
sebedisoang ho hlalosa boemo ba mmele ka ho bontsha tokafalo ka mora ketsahalo e
itseng. Mohl. Ha ke qeta ho noa joala, hoa re kokololo!
Kokomadisa (ku-ku-ma-di-sa) /sedate/ Ketsiso ya ho kokomala: ho etsa hore motho
a hloke morolo, matjato le bophelo bo mafolofolo ka ho fa moriana kapa sethethefatsi
se itseng.
Kokomadiso (ku-ku-ma-di-saw) /sedativeness/ Ketso ya ho kokomadisa: boemo ba
ho etsa hore motho a hloke morolo, matjato le bophelo bo mafolofolo.
Kokomala (kaw-kaw-ma-la) /idle, redundant, idolent/ Ho hloka morolo, matjato le
bophelo bo mafolofolo; ho dula feela ntle le ho etsa letho. Ho dula ntle le ho etsa
letho.
Kokomalo (kaw-kaw-ma-law) /inactivity, inertia, hibernation/ Ketso ya ho
kokomala: boemo ba ho hloka morolo, matjato le bophelo bo mafolofolo. Ho dula
feela ntle le ho etsa letho.
Kokomatsa (ku-ku-ma-tsa) /sedate/ Ketsetso ya ho kokomala: ho etsa hore motho a
hloke morolo, matjato le bophelo bo mafolofolo. Ho baka ho dula fela ntle le ho etsa
letho ka lebaka la thethefalo ya kelello. (bap. kotsomala, popomatsa).
239
240
Kokomatso (ku-ku-mats-aw) /sedation/ Ketso ya ho kokomatsa: tlhokeho ya
morolo, matjato le mafolofolo a mmele ka lebaka la thethefalo ya kelello.
Kokometse (kaw-kaw-me-tse) /idling, inactive/ E dutseng feela ntle le mosebetsi; ya
hlokang morolo le matjato ka lebaka la ho dula feela ntle le ho etsa lethonyana.
Kokomoha (ku-ku-mu-ha) /dilative, expand/ Ho eketseha sebopeho sa mmele; ho
atisa boholo ba setho sa mmele kapa sejo se phehiloeng. (bap. ruruha).
Kokomoho (ku-ku-mu-haw) /dilation/ Ketso ya ho kokomoha: keketseho ya
sebopeho sa mmele; katiso ya setho sa mmele kapa sejo se phehiloeng.
Kokomoru (ku-ku-mo-ru) /Cardinal Woodpecker/ Mofuta wa nonyana e
tholahalang haholo Afrika e ka Borwa; e haelang ntloaneng tseo e di entsang
mekoting ya difate, merung e teteaneng le dimela tse hlabang; e ntsho e nang le
matheba a masweu mmoho le bokatlase bo bosweu le hlooho a makgubedu. /bon.
dikokomoru/.
KOKOMORU
Kokomosa (ku-ku-mu-sa) /dilate/ Ho etsa hore setho sa mmele, sejo kapa ntho e
kokomohe: e shebahale joalo ka ha eka e ruruhile. Ketsiso ya ho kokomoha.
Kokomoso (ku-ku-mu-saw) /dilativeness/ Ketso ya ho kokomosa: Ho etsa hore
setho sa mmele, sejo kapa ntho e kokomohe: e shebahale joalo ka ha eka e ruruhile.
Kokomosoa (ku-ku-mu-swa) // Boetsuwa ba ho kokomosa.
Kokona (ku-ku-na) /debone, remove flash from bone/ Ho tlosa nama lesapong; ho
ebola nama lesapong; ho momona lesapo ka sepheo sa ho tlosa nama ho lona.
Kokoneha (ku-ku-ne-ha) /deboneble/ Ketsahalo ya ho kokona: eo holeng bonolo ho
e kokona kapa ho ntsha nama e masapong a yona.
Kokoneho (ku-ku-ne-haw) /deboning/ Ketso ya ho kokoneha: boemo ba ho tloha
nama masapong ha bobebe kapa ha bonolo.
Kokonile (ku-ku-ni-le) /deboned/ Bokgale ba ho kokona.
Kokonisa (ku-ku-ni-sa) /cause to debone/ Ketsisiso le ketsiso ya ho kokona.
Kokoniso (ku-ku-ni-so) // Ketso ya ho kokonisa: ho thusa ho kokona.
Kokonnoe (ku-kun-nwe) (kokonwe) /deboned/ Boetsuwa le bokgale ba ho kokona.
Kokono (ku-ku-naw) /deboning/ Ketso ya ho kokona: Ho tlosa nama lesapong; ho
ebola nama lesapong; ho momona lesapo ka sepheo sa ho tlosa nama ho lona.
Kokonoa (ku-ku-nwa) /deboned/ Boetsuwa ba ho kokona.
Kokonono (kaw-kaw-naw-naw) /superstar/ Motho ya tsebahalang haholo ka baka la
setumo sa ho bina, tjeka, bapala kapa tsebo ya papadi e itseng. /bon. dikokonono/
(bap. kgalala). Tem. Batho ba bang ba fapanya mantsoe ana: “kokonono” le
“konokono”. Mantsoe ana ha a bolele ntho tse tshoanang hohang. (bap. Konokono).
Kokonyana (ko-kon-ya-na) // (sheb. Kokoanyana bakeng sa tshebediso).
Kokosa (ko-ko-sa) /display, exhibit/ Ho hlahisa pepeneneng; ho etsa phatlalatsa
kapa pontsheng ka sepheo sa ho bapatsa kapa bopaki. (bap. pepesa).
Kokoso (ko-ko-so) /displaying, exhibition/ Ketso ya ho kokosa: tlhahiso
pepeneneng; phatlalatso e pontsheng ka sepheo sa ho bapatsa kapa bopaki. (bap.
pepeso, pontsho).
240
241
Kokota (kaw-kaw-ta) /to knock at the door/ Ho otla lemati ka sepheo sa ho batla ho
buleloa; ho etsa modumo, lerata kapa puo e supang hore moetsi o batla ho buleloa
monyako. Letshwao kapa sesupo sa ho batla ho buleloa.
Kokotela (kaw-kaw-te-la) /knock at/ Ketsetso ya ho kokota: ho kokota bakeng sa.
Kokotela (//) /to fake, counterfeit, copy, fabricate, forge/ Ho fetola sebopeho sa
pele sa ntho e ncha; ho etsa ntho ya nnete e tshoane le ya bosawana; ho tshoantsha
ntho ka tsela eo e shebahalang e le ya nnete; ho etsa boqhekanyetsi ba ho fumana se
batloang; ho jalletsa ka ho sebedisa botsotsi kapa bokebekoa.
Kokotelo (kaw-kaw-telaw) /forgery, fabrication, copying/ Ketso ya ho kokotela:
phetolo ya sebopeho sa pele sa ntho e ncha; tshoantshiso ya bosawana; ho tshoantsha
ntho ka tsela eo e shebahalang e le ya nnete; ho etsa boqhekanyetsi ba ho fumana se
batloang; ho jalletsa ka ho sebedisa botsotsi kapa bokebekoa.
Kokoto (kaw-kaw-taw) /knocking/ Ketso ya ho kokota: mokgoa wa ho otla lemati
kapa lehlafi ka sepheo sa ho batla ho buleloa; ho etsa modumo, lerata kapa puo e
supang hore moetsi o batla ho buleloa monyako. Letshwao la ho batla ho buleloa
monyako. (bap. mokokoto).
Kola (kaw-la) /to hunt insects/ Ho thonaka lerutle kapa kokonyana tse nyane; ho
tsoma ditsie kapa mofuta wa ditsie. (bap. kgoasa, tsoma). Mael. Tsie e kolloa hong:
ha ho jewa kapa ho sebetsoa ho tlameha ho qaloa ka nako e tshoanang.
Kola (kaw-la) /quick picking up/ Ho thonaka, qhautsa kapa ho nka ka potlako e
kgolo. Ho nka ntho fatshe ka pelenayana.
Kolla (kol-la) /of water: to spring/ Ho tsoa metsi sedibeng; ho tsoa hoa metsi
mohloding wa noka. (bap. phophotsa, runya). Mael. Ho kolla ntshi hanong: ho
sotleha kapa ho fumaneha haholo.
Kollo (kol-law) /springing/ Ketso ya ho kolla: ho tsoa metsi sedibeng; ho tsoa hoa
metsi mohloding wa noka.
Kollo (kawl-law) /collection by picking up/ Ketso ya ho olla: phutho ya dintho tse
qhalaneng fatshe; thonako ya dintho tse wetseng fatshe. (bap. olla).
Kolo (kaw-law) /insect hunting/ Ketso ya ho kola: tloaelo kapa mosebetsi wa ho
thonaka lerutle kapa kokonyana tse nyane; ho tsoma ditsie kapa mofuta wa ditsie.
Koloba (kaw-law-ba) /damp, dip, douse/ Ho neloa ke pula; ho ba metsi kapa
mongobo ka baka la ho hasoa ka metsi kapa ntho e metsi. (bap. metsifatsa, thapisa).
Kolobe (ku-lu-be) /pig/ Phoofolo ya hae, e mafura; e bohlasoa haholo; e jang joang,
nama kapa ntho tse ngatanyana tse jehang ho yona. /bon. dikolobe/.
KOLOBE
Kolobe (//) /pork/ Nama ya fariki ha e phehiloe; nama ya kolobe. /bon. 0/
Kolobeditse (ko-lo-be-di-tse) /baptized/ Bokgale ba ho kolobetsa.
Kolobeditsoe (ko-lo-be-di-tswe) /baptized/ Boetsuwa le bokgale ba ho kolobetsa.
Kolobemoru (ko-lo-be-mo-ru) /warthog, bushpig/ Mofuta wa kolobe e hlaha e
phelang morung kapa naheng. /bon. dikolobemoru/.
Kolobetsa (ko-lo-be-tsa) /baptise/ Ho inela ka hara metsi a noka ka ho etsa hore
motho e be sebupuwa se secha ho ya ka tumelo ya Sekeresete; ho tshela ka metsi ka
sepheo sa tumelo ya bokeresete, eleng sesupo sa hore moetsuwa o tla fetoha
241
242
mekgoeng ya kgale. Tem. Mmadi a hlokomele hore mantsoe, “kolobetsa” le
“kolobisa” a na le meelelo e fapaneng.
Kolobetso (ko-lo-be-tso) /baptism/ Ketso ya ho kolobetsa: kinelo ka hara metsi a
noka ka ho etsa hore motho e be sebupuwa se secha ho ya ka tumelo ya Sekeresete;
ho tshela ka metsi ka sepheo sa tumelo ya bokeresete, eleng sesupo sa hore moetsuwa
o tla fetoha mekgoeng ya kgale.
Kolobetsoa (ko-lo-be-tswa) /baptized/ Boetsuwa ba ho kolobetsa.
Kolobile (ko-lo-bi-le) /wet, damp/ E tshetsoeng ke metsi; e mongobo kapa lesoe ka
lebaka la ho tsheloa ke metsi kapa ho neloa ke pula. Bokgale ba ho koloba.
Kolobisa (ko-lo-bi-sa) /dampen, to douse/ Ketsiso ya ho koloba: ho neloa ke pula
kapa ho tsheloa ke metsi kapa ntho ekang metsi. (bap. ngobisa).
Kolobisitse (kolo-bi-si-tse) /dampened, doused/ Bokgale ba ho kolobisa.
Kolobisitsoe (ko-lo-bi-si-tswe) // Boetsuwa le bokgale ba ho kolobisa.
Kolobiso (ko-lo-bi-saw) /dampening, dousing/ Ketso ya ho kolobisa: ho neloa ke
pula kapa ho tsheloa ke metsi, kapa ntho ekang metsi. (bap. ngobiso).
Kolobisoa (ko-lo-bi-swa) /doused/ Boetsuwa ba ho koloba.
Kolobo (kaw-law-baw) /damping, dipping/ Ketso ya ho koloba: Ho neloa ke pula;
ho ba metsi kapa mongobo ka baka la ho hasoa ka metsi kapa ntho e metsi.
Koloi (ko-lo-i) /car, motor car, wagon/ Sepalangoang se tloaelehileng se senyane
kapa se seholo, sa mabedi a mane kapa hofeta, se kalamisang kapa se jarang batho ho
ya ka boholo ba sona. /bon. dikoloi, makoloi/ (sheb. sepalangoang).
Koloka (ko-lo-ka) /to queue, be on queue/ Ho etsa mola ka ho latellana; ho latellana
ka ho etsa mokoloko. (bap. mola).
Kolokile (ko-lo-ki-le) /on queue/ E moleng kapa e latellang enngwe ka ho etsa
mokoloko; e latellang enngwe ka tlhatlhamano ya mola. Bokgale ba ho koloka.
Kolokisa (ko-lo-ki-sa) /make a queue/ Ketsiso ya ho koloka: ho etsisa batho kapa
dintho mola ka ho latellana; ho latellana ka ho etsa mokoloko.
Kolokiso (ko-lo-ki-saw) /queue making/ Ketso ya ho kolokisa: ho etsisa batho kapa
dintho mola ka ho latellana; ho latellana ka ho etsa mokoloko.
Koloko (ko-lo-ko) /queuing/ Ketso ya ho koloka: ho etsa mola ka ho latellana;
tatellano ka ho etsa mokoloko. (bap. mokoloko).
Kolomaka (ku-lu-ma-ka) /to clean/ Ho tlosa ditshila kapa dithole; ho etsa hore ho be
makgethe ka ho hlatsoa, fiela kapa ho phumula. Tlh. Lentsoe lena, “kolomaka” ke
sothofatso ya lentsoe la puo ya Afrikaans: “skoen maak”. Tem. Batho ba sebedisang
lentsoe lena haholo ke ba holetseng dipolasing tsa Maburu kapa ba a sebeletsang.
Koloso (ko-lu-saw) /pouring out/ Ketso ya ho olosa kapa ho ntsha se sa batlahaleng
ka ho tsholla ka ho fetisa pela moya; ho arola dithole ho se batloang.
Kolota (kaw-law-ta) /to be on credit/ Ho ba boemong ba ho tlameha ho lefella se
nkuweng; ho ba makgatheng a ho lefa se rekiloeng pejana.
Kolotisa (ko-lo-ti-sa) /take by credit/ Ho reka ka sekoloto: ho nka thepa ntle le ho
lefa; ho lefella phahlo ka mora nako e telele e rekiloe. Ketsiso ya ho kolota.
Kolotiso (ko-lo-ti-saw) /taking by credit/ Ketso ya ho kolotisa: theko ka sekoloto;
tefello ya phahlo kapa thepa ka mora nako e rekiloe. (bap. mokitlane).
Koloto (kaw-law-taw) /overdraft/ Ketso ya ho kolota: ho adima chelete hodima
sekoloto. /bon. dikoloto/ (bap. sekoloto).
Koma (ko-ma) /penis/ Setho sa mmele sa botona. Karolo ya bonna ya motho; setho
sa monna sa ho rota le ho sebedisoa nakong ya ho boka. /bon. dikoma/ Tlh. Lentsoe
le nepahetseng ke “kooma” hofeta “koma”. (bap. ntoto).
242
243
Koma (kaw-ma) /undercover/ Taba, ketsahalo, pina kapa puo ya mophatong kapa
lebollong; taba e sa phatlalatsoeng ho leqai kapa lethisa; lekunutu le leholo haholo;
patiloe ya monna kapa motho ya bollotseng. (bap. pinyane, lekunutu).
Koma (ku-ma) /absorb, gulp, ingest, swig/ Ho lahlela ka hanong, nqa ya mmetso;
ho ja ka ho isa ka hara mpa. (bap. koenya).
Komakoma (kaw-ma-kaw-ma) /complain/ Ho bontsha ho se kgotsofale ka ho bua
kgafetsa; ho tletleba ka dipuo molebe; ho itlatlarietsa lolololo. (bap. balabala). Tem.
Hangata lentsoe “komakoma” le sebedisoa ho batho ba batona hofeta ba batshehadi.
Komakomela (kaw-ma-kaw-me-la) /nag for/ Ketsetso ya ho komakoma.
Komakomme (kaw-ma-kom-me) /nagged/ Bokgale ba ho komakoma.
Komakomo (kaw-ma-kaw-maw) /nagging, complain/ Ketso ya ho komakoma:
pontsho ya ho se kgotsofale ka ho bua kgafetsa; tletlebo ka dipuo molebe; tloaelo ya
ho itlatlarietsa lolololo. (bap. ngamangama, ngamangamo, mongamangami).
Komana (ko-ma-na) /matches box, snuff box/ Mokotlana wa thutsoana tsa mollo;
setshelo se sebedisoang ho tshela senifi. /bon. dikomana/.
Komang (ko-ma-ng) /unsatisfaction, complain/ Boemo ba ho bontsha pelaelo le ho
se kgotsofale; mokgoa wa selallane kapa motletlebi. /bon. dikomang/.
Komano (kaw-ma-naw) // Ketso ya ho omana: ho bua ka ho phahamisa lentsoe.
Komanyo (kaw-man-yaw) /scolding, reprimand/ Ketso ya ho omanya: ho otla ka
mantsoe; ho lokisa phoso ka ho etsa puo e thata.
Komeditse (ku-me-di-tse) /swallowed/ Bokgale ba ho kometsa. (bap. koentse).
Komeditsoe (ku-me-di-tswe) // Boetsuwa le bokgale ba ho kometsa. (bap. koentsoe).
Komello (ko-mel-law) /draught/ Ketso ya ho omella: tlhokeho ya pula nako e telele;
ho se be teng hoa metsi a pula dinokeng le didibeng; ho cha hoa dimela ka baka la
mocheso o moholo o hlokang marothodi a pula. /bon. dikomello/.
Komelo (ku-me-law) /to mix mealie and malt, saturation/ Ketso ya ho omela:
mokgoa wa ho kenya mohlaba kapa tomoso ya ona hara motoho wa setoto bakeng sa
ho phethahatsa thitelo ya joala. Tlh. Ho na le phapang e kgolo pakeng tsa mantsoe,
“komello” mmoho le “komelo”.
Kometsa (ko-me-tsa) /swallow/ Ho ja ka ho isa ka hare ho mpa; ho hlafunela ka
maleng; ho koenya sejo hanghang.
Kometso (ko-me-tso) /swallowing/ Ketso ya ho kometsa: mokgoa wa ho ja ka ho isa
ka hare ho mpa; ho hlafunela ka maleng; ho koenya sejo hanghang. (bap. hlatsa).
Kometsoa (ku-me-tswa) /swallowed/ Boetsuwa ba ho kometsa. (bap. komeditsoe).
Komiki (ko-mi-ki) /cup/ Sesebedisoa se sebedisoang ho tshela seno. /bon. dikomiki/
Komiso (ko-mi-saw) /drying/ Ketso ya ho omisa: ho etsa hore ho ome; ho etsa hore
ntho e itseng e hloke mongobo kapa lesoe.
Komiti (ko-mi-ti) /committee/ Sehlopha sa batho ba kgethiloeng bakeng tsa
tsamaiso le phethahatso ya ditakatso tsa sechaba le mokga. (bap. sehlopha).
Komo (kaw-maw) /dehydration, juicelessness, aridity/ Boemo ba ho hloka metsi
mmeleng; tlhokahalo ya metsi mmeleng wa motho, phoofolo kapa semela; bosio ba
metsi kapa lesoe. Tlhokeho ya mongobo. (bap. lenyora).
Komo (ku-maw) /absorbtion, ingestion/ Ketso ya ho koma: Ho lahlela ka hanong,
nqa ya mmetsong; ho ja ka ho isa ka hara mpa.
Komoso (ko-mu-saw) /warming, heating/ Ketso ya ho omosa: ho futhumatsa ka ho
atamela pela mollo kapa sesosa sa mocheso; ho futhumatsa ka ho atametsa mollong.
Kompone (kom-po-ne) /compound/ Sebaka sa ramosebetsi seo ho dulang basebetsi
ho sona. /bon. dikompone/.
243
244
Konka (kawn-ka) /stylistic walk/ Ho etsa hore motho kapa ntho e tsamaye ka
boikonko; ho tsamaya ka ho etsa kguba kapa boqhetseke. (bap. ikonka).
Konokono (kaw-naw-kaw-naw) /ear dir, ear wax/ Tshila ya tsebe; mafura a
fumanoang ka hare kapa bohareng ba tsebe. /bon. dikonokono/ (bap. Kokonono).
Konopela (ku-nu-pe-la) /to insert a button/ Ho kenya konopo seaparong; ho etsa
hore seaparo se koalehe ka ho nokela konopo. (bap. tobetsa).
Konopelo (ku-nu-pe-law) /button inserting/ Ketso ya ho konopela: tsela ya ho
kenya konopo seaparong; ho etsa hore seaparo se koalehe ka ho nokela konopo.
Konopetsa (ku-nu-pe-tsa) /to button press, switch on/ Ho tobetsa kapa ho hata
konopo hore ketso e amanang le motlakase e etsahale.
Konopetso (ku-nu-pe-tso) /button pressing/ Tobetso ya konopo: ho hatella konopo
hore ketso e amanang le motlakase e etsahale.
Konopetsoa (ku-nu-pe-tswa) /switched on/ Boetsuwa ba ho konopetsa.
Konopo (ku-nu-paw) /button/ Sesebedisoa se kopanyang diphahlo, le ho etsa hore
diaparo di bulehe bokapele kapa bokamorao. Sesebedisoa sa motlakase seo ha se
hatelloa kapa se tobetsoa ho etsahalang ketso ya ho duma, hotela, bonesa, hatsela,
tsitsinyeha, thothomela, honyela, saroloha kapa ho lla.
Konopolla (ku-nu-pul-la) /unbutton, defuse/ Ketsollo ya ho konopela: ho ntsha
konopo seaparong. Ho etsolla ketso ya ho konopetsa. Ho nyebellisa seqhomane.
Konopollo (ku-nu-pul-law) /un-buttoning/ Ketso ya ho konopolla: ho ntsha konopo
seaparong.
Konopollo (ku-nu-pul-law) /defusing, switch off/ Mokgoa wa ho hakolla maraba a
seqhomane; ketso ya ho qhaqholla seqhomane hore se se qhome. Mokgoa wa ho
nyebellisa seqhomane. Ketso ya ho nyebellisa seqhomane. Ho tima motlakase.
Konopolloa (ku-nu-pul-lwa) /defused/ Boetsuwa ba ho konopolla.
Konopollotse (ku-nu-pul-lu-tse) /defused, unbuttoned/ Bokgale ba ho konopolla.
Konopollotsoe (ku-nu-pul-lu-tswe) /defused/ Boetsuwa le bokgale ba ho konopolla.
Konyana (kon-ya-na) /lamb/ Ngoana nku; ledinyane la nku. (bap. potsanyane).
Konyana (kon-ya-na) /sandringham Basotho blanket/ Mofuta wa kobo ya Basotho
e boya bo bongata joalo ka ba nku kapa konyana. /bon. dikonyana/.
Konyana (kon-ya-na) /Jesus Christ/ Morena Jesu ha a hlalosoa joalo ka sehlabelo
ho ba dumelang ho yena; mora Modimo ya shoetseng baetsadibe bohle. /bon. 0/
Kooma (kaw-oma) /penis/ Setho sa mmele sa botona; setho se tholoang mmeleng wa
batho kapa diphoofolo tse tona. Karolo ya bonna ya motho.Tem. Peleto kapa pitsetso
e nepahetseng ya lentsoe lena ke “kooma” eseng “koma”.
Kopa (ku-pa) /ask, beg/ Ho batla ka boikokobetso; ho botsa ka ho bontsha tlhompho.
Kopa (//) /apply/ Ho ngola lengolo la ho batla mosebetsi kapa boemo bo itseng; ho
etsa boipiletso ba mosebetsi ka lengolo.
Kopa (kaw-pa) /to make it, ensue/ Ebang ho kgonahala; ebang ho kgoneha; ha ho
kgonahala. Mohl. Ha nka kopa ke tla sesa hofihlela ka mosou wane wa noka. Ebe o
tla kopa ho dula o lefella batho bohle dikoloto tsa bona?
Kopakopana (kaw-pa-kaw-pa-na) /mixed up/ Ketsahalo ya ho kopakopanya: ho ba
boemong bo hlokang taolo kapa tsoelopele.
Kopakopanya (kaw-pa-kaw-pan-ya) /to confuse issues/ Ho etsa hore ho be le
boemo bo hlokang taolo, bo nang le mokutu le moferefere.
Kopakopanyo (kaw-pa-kaw-pan-yaw) /issues confusing/ Ketso ya ho kopakopanya:
boemo bo hlokang taolo, bo nang le mokutu le moferefere. (bap. manyampetla).
Kopana (kaw-pa-na) /meet, gather together/ Ho tholana sebakeng se itseng; ho ba
moahong kapa sebakeng mmoho ka nako e beiloeng. Ho ba sebakeng seleseng. Mael.
244
245
Ho kopana le pela di falla: ho tobana le se sa lebelloang haholo se sebe; ho ba
maemong a ho hlaseloa ntle le tebello kapa boikemisetso; ho bontshoa se sa
lebelloang.
Kopanela (ko-pa-ne-la) /join forces, ally, league/ Ho ba mmoho ho etsa ketso e
itseng; ho sebetsa mmoho ho phetha se itseng.
Kopanelo (ko-pa-ne-law) /league, unity/ Ketso ya ho kopanela: bommoho ba ho
phethahatsa mosebetsi; tshebetso ka ho thusana.
Kopaneloa (ko-pa-ne-lwa) /allied, unified/ Boetsuwa ba ho kopanela.
Kopanetse (ko-pa-ne-tse) /intergrated, combined/ Eo tshebediso ya yona e akgang
bongata kapa ntho tse fetang bonngwe. Bokgale ba ho kopanela.
Kopanetsoe (ko-pa-nets-we) /amalgamated, unified, merged/ Boetsuwa le bokgale
ba ho kopanya: e kapa tse mmoho nqa e le nngwe. (mm. Kopanetswe).
Kopano (kaw-pa-naw) /meeting, gathering, unity/ Ketso ya ho kopana: ho tholana
sebakeng se itseng; ho ba moahong kapa sebakeng mmoho ka nako e beiloeng. Mael.
Kopano ke matla: bommoho bo eketsa sefutho sa se etsoang kapa se reriloeng;
tumellano ya bongata ba batho e phethahatsa tabatabelo ya bona.
Kopantse (kaw-pan-tse) /mixed, combined with/ E bonahalang e na le dikarolo tse
fetang bonngwe; bokgale ba ho kopanya. (mm. Kopantseng).
Kopantshana (kaw-pants-ha-na) /reconcile/ Ho etsa hore batho ba be mmoho ka
mora ho qoaketsana; ho boelana ka mora qhoebeshano; ho dumellana ka mora
phapang; ho utloana ka mora ho loantshana. (bap. leballana, tshoarelana, boelana).
Kopantshano (kaw-pants-ha-naw) /reconciliation/ Ketso ya ho kopantshana:
poelano ka mora qoaketsano; ho boelana ka mora qhoebeshano; ho dumellana ka
mora phapang; ho utloana ka mora ho loantshana. (bap. teballano, poelano).
Kopanya (kaw-pan-ya) /amalgamate, unite/ Ho etsa hore dihlopha, maquloane kapa
mekga e be mmoho. Ho etsa hore batho ba be mmoho sebakeng seleseng.
Kopanya (//) /consolidate/ Ho etsa hore ntho tse arohaneng di be sebakeng
seleseng; mokgoa wa ho etsa hore ntho di be mmoho nqa e le nngwe.
Kopanyo (kaw-pan-yaw) /amalgamation, unification/ Ketso ya ho kopanya: ho etsa
hore dihlopha, maquloane kapa mekga e be mmoho. Ho etsa hore batho ba be
mmoho sebakeng seleseng. (bap. bokanya, pokanyo, pokeletso). (bap. kgokahanyo).
Kopanyo (//) /consolidation/ Ketso ya ho etsa hore ntho tse arohaneng di be
sebakeng seleseng; mokgoa wa ho etsa hore ntho di be mmoho nqa e le nngwe.
Kopaoke (ko-pa-oke) /black-collared barbet/ Mofuta wa nonyana e tholahalang
haholo dinaheng tsa Afrika e ka borwa, e mebalabala; e jang ditholoana mmoho le
dikokoanyana; e etsang ntloana ya yona ka ho etsa mokoti sefateng. /bon.
Dikapaoke/. (mm. Kopaope).
Kopela (ko-pe-la) /beg for/ Ketsetso ya ho kopa: ho kopa bakeng sa.
Kopelo (kaw-pe-law) /applause/ Ketso ya ho opela: ho otla matsoho bakeng sa ho fa
mohlodi kapa sebui ditlatse. Mahofi a lebisoang ho motho kapa sehlopha ka ho
ananela kapa ho rorisa.
Kopelo (//) /pain/ Ketso ya ho opeloa: kutlo ya bohloko ba setho seseng sa mmele;
bohloko bo bakoang ke leqeba kapa bokudi. (bap. lehlaba).
Kopi (ko-pi) /cup/ Sesebedisoa sa ho tshela metsi kapa mofuta wa lero se entsoeng
ka letsopa le thatafaditsoeng ka mollo. Se sebedisoang ho tshela seno kapa lero le
nowang. /bon. Dikopi/ (bap. mopotjoana, komiki).
Kopo (ku-paw) /begging, asking/ Ketso ya ho kopa: ho batla ka boikokobetso; ho
botsa ka ho bontsha tlhompho.
245
246
Kopo (//) /application/ Ketso ya ho ngola lengolo la ho batla mosebetsi kapa boemo
bo itseng. Lengolo la patlo ya mosebetsi kapa boemo bo itseng. /bon. Dikopo/.
Kopo (//) /plea/ Boemo ba ho kopa ka ho etsa khoelehetso ka boikokobetso.
Koposela (kaw-paw-se-la) /of a lid: shake/ Ho tsitsinyeha joalo ka lekopokopo.
Koposelo (kaw-paw-se-law) /shaking/ Tsitsinyeho e tshoanang le ya lekopokopo.
Kopotsa (ko-po-tsa) /of spring water: to emit/ Hoa metsi a sediba kapa mohlodi wa
metsi: ho tsoa ka ho phalla haholo; ho tsoa ka bongata. (bap. phalla)(mm. kopoditse,
kopodisa).
Kopotso (ko-po-tso) /of spring water: emission/ Ketso ya ho kopotsa: ho tsoa hoa
metsi ka ho phalla haholo; ho tsoa hoa metsi ka bongata sedibeng. (bap. phallo)
Kora (kaw-ra) /to score/ Ho kenya ntlha papading ya tlhodisano; ho nka ketapele ka
ho hlaba ntlha dipapading. (bap. hlaba).
Koranta (ku-ran-ta) /newspaper, magazine/ Pampiri e hatisitsoeng bakeng sa ho
fana ka ditaba, diketsahalo le ditsebiso tsa tikoloho. (bap. lesedinyana).
Koro (ko-ro) /wheat/ Mofuta wa semela seo ha se potsoe peo ya teng e sebedisoang
ho etsa phofo ya borotho. /bon. dikoro/
Koro (kaw-raw) /heat warming/ Ketso ya ho ora: ho okamela mollo kapa sesosa sa
mocheso bakeng sa ho futhumala. (bap. ora).
Korobela (ko-ro-be-la) /love mixture/ Motsoako oo ho dumeloang hore o fuwa
molekane bakeng sa ho mo thetefatsa kelello; motsoako oo ho dumeloang hore o etsa
hore moetsuwa a rate moetsi. (bap. phehla).
Korohelo (ko-ru-he-law) /home coming/ Ketso ya ho orohela: ho boela hae kapa
lapeng ka mora nako e itseng. Boemo ba ho kgutlela hae kapa lapeng mantsiboya.
Korohiso (ko-ru-hi-saw) /expatriation/ Ketso ya ho orohisa: ho kgutlisetsa ntho
kapa motho hahabo. Ho isa lekgoloa naheng ya bo lona. Ketso ya ho isa lapeng kapa
hae.
Koroho (ko-ru-haw) /home coming/ Ketso ya ho oroha: Ho kgutlela kapa ho boela
hae kapa lapeng ka mora nako e itseng. Ho kgutlela hae mantsiboya ka mora
mosebetsi. Ho ya haeno ho tloha sebakeng se itseng.
Korola (kaw-raw-la) /aim/ Ho lebisa ntho e lahleloang kapa e tjeketjeloang nqa ya
ntho e tlamehang ho otloa kapa ho thungoa ntle le ho fosa. Ho nepa se thungoang
kapa se tjeketjeloang.
Korolo (kaw-raw-law) /aiming, maskmanship/ Ketso ya ho tjeketjela: nepo ya
tjeketjelo kapa ya ho thunya; tebiso nthong e lahleloang kapa e tjeketjeloang nqa ya
ntho e tlamehang ho otloa kapa ho thungoa ntle le ho fosa.
Korosetina (ko-ro-se-ti-na) /acoustic/ Mofuta wa seletsa se senyane, seka khoriana,
se letsoang ka ho sarolla bokahare ba sona bo bakang moya, le ho tobetsa dikonopo
tse ka mahlakoreng. /bon. dikorosetina/ (bap. khoriana) (sheb. seletsa).
Koroso (ko-ru-saw) /to cause home coming/ Ketso ya ho orosa kapa ho etsa hore
motho a boele hae kapa lapeng ka mora bosio; poelo lapeng ka mora ho chaka.
Korotla (kaw-raw-tla) /fuss, groan, grumble/ Ho buela fatshe ka ho bontsha ho
shata; ho buela fatshe ka ho supa kapa ho bontsha ho se kgotsofale; ho bua ka ho
bontsha lekgonono. (bap. tletleba, komakoma).
Korotlela (kaw-raw-tle-la) /groan for, grumble for/ Ketsetso ya ho korotla: sesupo
sa ho bontsha ho se kgotsofale ka ho buela fatshe kgahlanong le.
Korotlelo (kaw-raw-tle-law) /groaning for/ Ketso ya ho korotlela: ho bontsha ho se
kgotsofale ka ho buela fatshe kgahlanong le.
246
247
Korotlo (kaw-raw-tlaw) /grumbling, lamentation/ Ketso ya ho korotla: Ho buela
fatshe ka ho bontsha ho shata; ho buela fatshe ka ho supa kapa ho bontsha ho se
kgotsofale; ho bua ka ho bontsha lekgonono. (bap. Tletlebo, mokorotlo).
Kosene (ko-si-ni) /door frame/ Tshepe kapa thupa e tshehetsang lemati. Se
tsepamisang lehlafi. (bap. tshia). Mael. Ho hata kosene: ho tsamaya kapa ho tloha
sebakeng. Mael. Ho hatisoa kosene: ho lelekoa kapa ho ntshoa mokgatlong kapa
tsebeletsong; ho tebeloa.
Kota (kaw-ta) /peck, have sex, fuck/ Ho robala le motho ka sepheo sa ho bokana; ho
kenya setho sa botona ho setho sa botshehadi.
Kotana (kaw-ta-na) /to have sexual intercourse/ Ketsatsano ya ho kota: ho ba le
kamano ya dikobo e pakeng tsa batho ba babedi.
Kotano (ko-ta-naw) /sexual intercourse/ Ketso ya ho kotana: ho kenya setho sa
botona ho setho sa botshehadi; kamano ya thobalano pakeng tsa batho ba babedi.
Kotela (kaw-te-la) /foil, hamper, hinder, obstruct/ Ho thibela, ho hanela kapa ho
tshira ntho kapa motho ka sepheo sa hore a hlolehe ho etsa ketso e itseng.
Kotelo (kaw-te-law) /prevention/ Ketso ya ho kotela: thibelo kapa khanelo ya ho
etsa ketso e itseng; nyopiso ya morero wa motho kapa ntho. (bap. thibelo, nyopiso).
Kotelo (kaw-te-law) // Molamu o sebedisoang ho thibela namane hore e se anye
lebese nakong eo kgomo e hangoang ka yona. /bon. Dikotelo/.
Kotla (ko-tla) /wallet, purse/ Mokotla o monyane wa ho tshela kapa ho beha chelete
le ntho tse nyane tsa bohlokoa. /bon. dikotla/ (bap. mokotla).
Kotlanyo (kaw-tlan-yaw) /bang or hit against/ Ketso ya ho otlanya: ho mulanya
ntho e thata kgahlanong le enngwe e tiileng; ho batanya ka thata kgahlanong le.
Kotlo (kaw-tlaw)/punishment, chastisement, penalty/ Ketso ya ho otla: kutliso
bohloko mmeleng, moyeng le kelellong; tematso ka ho shapa kapa ho natha; tlhokeho
ya dintho tse batloang bophelong ka baka la sebe kapa bokgopo ba motsoadi kapa
motho; thibelo ya ho phethahatsa ketso kapa ketsahalo ka baka la phoso kapa
bokgopo bo entsoeng pejana.
Kotlobana (kaw-tlaw-ba-na) // Ho ba le ponahalo e kobehileng ya mmele kapa
mokokotlo ka lebaka la mohatsela kapa ho lemala; ho sotheha mokokotlo ka lebaka
le bakang lekgutla.
Kotlobane (kaw-tlaw-ba-ne) // E sebopehong se kobehileng mmele kapa mokokotlo
ka lebaka la mohatsela, temalo kapa bokudi; e nang le chebahalo ya tshoteho ya
mmele kapa mokokotlo.
Kotlobano (kaw-tlaw-baw-naw) // Ketso ya ho kotlobana: sebopeho se kobehileng sa
mmele kapa mokokotlo ka lebaka la temalo, bokudi kapa mohatsela; chebahalo e
sothehileng ya mokokotlo kapa mmele.
Kotlobantse (kaw-tlaw-ban-tse) /distorted, contorted/ Bokgale ba ho kotlobanya.
Kotlobanya (kaw-tlaw-ban-ya) /contort, warp, distort/ Ho koba ka tsela e mpe; ho
sothaka ha bohloko haholo; ho fetola chebahalo ya mmele, haholo mokokotlo ka ho
koba. Ketsetso ya ho kotlobana.
Kotlobanyo (kaw-tlaw-ban-yaw) /contortion, distortion/ Ketso ya ho kotlobanya:
mokgoa wa ho koba ka tsela e mpe; ho sothaka ha bohloko haholo; ho fetola
chebahalo ya mmele, haholo mokokotlo ka ho koba.
Kotlollo (ko-tlul-law) /straightening, ironing/ Ketso ya ho otlolla: ho etsa hore ntho
e otlolohe, e be boemong le sebopeho se lepeletseng, se hlokang lekgutla, makukuno
kapa tshotshobano.
Kotlollo (//) /stretching/ Ketso ya ho hula ntho ka ho e etsa hore e be telele.
247
248
Kotloloho (ko-tlu-lu-haw) /openess, sincerity, guileless/ Ketso ya ho otloloha: ho
bua ka tsela enang le bonnete, e utloahalang, e sa pateng letho.
Kotloqobello (kaw-tlaw-qu-bel-law) /sanction, embargo/ Mokgoa wa ho hanela
kapa ho thibela thekiso le kgoebisano pakeng tsa naha enngwe le tseding; thibelo ya
tsamaiso ya thepa, diphahlo le dithuso kgahlanong le naha enngwe ka baka la boemo
kapa ketso tsa yona tse sa dumeleheng machabeng. /bon. dikotloqobello/.
Koto (kaw-taw) /knobkierrie/ Molamu o nang le hlooho; thupa e nang le lefito
qetellong ya lona. /bon. dikoto/ Mael. Ho koto: ho hotle ebile ha ho na mathata.
Koto (//) /perking/ Ketso ya ho kota: thobalano le motho ka sepheo sa ho bokana;
mokgoa wa ho kenya setho sa botona ho setho sa botshehadi.
Kotodipedi (kaw-taw-di-pe-di) /Secretary bird/ Mofuta wa nonyana e molala o
molele le mokobolo o mosesane e tloaelehing ka ho hlasela dinoha kapa mefuta ya
dihahabi . /bon. Dikotodipedi/. (mm. koto-di-pedi).
Kotofa (ku-tu-fa) /clove/ Se sebedisoang ho kengoa matsohong a raditebele nakong
ya papadi ya ditebele. /bon. Makotofa, dikotofa/.
Kotola (ku-tu-la) /bulb/ Seka tapole sa bokatlase ba semela; mothapo o sedikadikoe
wa dimela tse itseng. /bon. Dikotola/.
Kotopo (kaw-taw-paw) /furrow/ Mokoti wa maiketsetso; mokoti o entsoeng ke
motho o tsamaisang metsi; sekoti se entsoeng ka ho cheka kapa ho fata ka
disebedisoa tsa batho ka sepheo sa ho tsamaisa metsi.
Kotopo (kaw-taw-paw) /pipe/ Se sebedisoang ho jara kapa ho tsamaisa metsi, lero le
itseng kapa kgase ho tloha sebakeng seseng ho ya ho seseng. /bon. dikotopo/.
Kotosebefo (kaw-taw-se-be-fu) /knobkirie carrying person/ Monna kapa motho ya
dulang a tshoere koto kapa molamu ka nako tsohle. /bon. bokotosebefo/.
Kotsama (ku-tsa-ma) /squat/ Ho dula ntle le ho beha dibono fatshe; ho dula ntle le
ho beha sebono hodima ntho e itseng; ho dula hodima serethe. (bap. Kotsomala).
Kotsamisa (ku-tsa-mi-sa) /cause to squat/ Ketsiso ya ho kotsama: ho baka ho
kotsama kapa ho dula hodima direthe.
Kotsamiso (ku-tsa-mi-so) /causing to squat/ Ketso ya ho ko
tsamisa: pako ya ho kotsama kapa ho dula hodima direthe.
Kotsamo (ku-tsa-maw) /squatting/ Ketso ya ho kotsama: bodulo ntle le ho beha
dibono fatshe; mokgoa wa ho dula ntle le ho beha sebono hodima ntho e itseng. Ho
dula hodima direthe.
Kotselo (kaw-tse-law) /sleeping signs/ Ketso ya ho otsela: ho ba le
sesupo sa ho tshoaroa ke boroko; ho ba makgatheng a ho batla ho robala. (bap.
thibaselo).
Kotsi (ko-tsi) /danger, dangerous/ Hoa ntho kapa motho: e ka bolayang kapa ya
ntsha kotsi ka baka la boemo kapa sebopeho sa yona; e tlamehang ho sebedisoa ka
hloko le ditaelo tsa yona ka baka la bobe bo ka hlahang. /bon. dikotsi/ (bap. tsietsi).
Kotsi (//) /accident/ Ketsahalo e akgang ho lemala le ho lahleheloa ke maphelo;
thulano le phetoho ya dipalangoang; ho qhoma hoa seqhomane se heletsang le ho
bolaya ka tsietsi. /bon. dikotsi/ Tem. Bongata ba batho bo sebedisa lentsoe “kotsi”
bakeng sa boemo bo bobe bo hlahileng mmileng wa makoloi. Bonnete ke hore
lentsoe le nepahetseng ke “tsietsi” le bolelang se sebe se hlahetseng motho ntle le
boikemisetso. Ha “kotsi” yona e ka bakoa ka boikemisetso kapa ho tlola molao wa
tshebediso ya ntho e itseng. Mohl. Batho ba ka kopana ka tsietsi hofeta ka kotsi.
Kotso (ko-tso) /finger tip/ Menoana ha e bopiloe kapa e fuperoe ho etsa motsu.
Kotso (ko-tso) /type of rat/ Mofuta wa tadi ya masimong, e molomo o motsu, e
phelang tlasa mobu le ho ja dimela nakong eo e tsoileng mokoting. /bon. dikotso/.
248
249
Kotsoana (ko-tswa-na) /finger print/ Mola kapa mela ya bokahare ba monoana kapa
letsoho. /bon. dikotsoana/ (mm. Kotswana).
Kotsomala (kaw-tsaw-ma-la) /reign/ Hoa boemo bo hodimo: ho dula setulong ka
mora ho kgethoa ke bakgethi; ho thola boemo bo hodimo ba taolo; ho rena.
Kotsomalo (kaw-tsaw-ma-law) /reigning/ Ketso ya ho kotsomala: ho rena; ho
fumana maemo a hodimo a taolo. (bap. Kotsamo).
Kotsometse (kaw-tsaw-me-tse) // Ketsahalo le bokgale ba ho kotsomala. Ho ba
boemong ba ho kotsomala kapa ho thola setulo sa boetapele kapa borena.
Kou (ko-u) /bay/ Sebaka se seholo sa metsi a lewatle se phatlaletseng nqa ya naha;
lewatle kapa lewatlana le lebileng nqa ya bokahare ba naha. /bon. dikou/.
Kubeletsa (ku-be-le-tsa) // Ho matha ka ho etsa lerole; ho pepetla kapa ho kganna
koloi ka ho etsa lerole moo se pepetloang kapa se kgannoang se tsamayang teng.
Kubeletso (ku-be-le-tso) /dust causing, smoke causing/ Ketso ya ho kubeletsa:
lebelo kapa mojaho o bakang lerole; pepetlo kapa kganno e etsang lerole.
Kubella (ku-bel-la) /smokey/ Ho tsoa lerole kapa mosi; ho qala hoa ho hotela hoa
mollo ka ho bontsha mosi.
Kubello (ku-bel-law) /smokiness/ Ketso ya ho kubella: qalo ya mollo ka ho tsoa
lerole kapa mosi.
Kubetsa (ku-be-tsa) // Ho baka mosi: ho baka boemo bo nang le ponahalo ya mosi.
Kubetso (ku-be-tso) /smokiness/ Ketso ya ho kubetsa: pako ya mosi.
Kubo (ku-baw) // Ketso ya ho uba kapa ho ba le cheseho ya ho batla ho ja;
kutloahalo ya tlala e kgolo. (bap. uba).
Kubu (ku-bu) /hippopotamus, hippo/ Phoofolo e kgolo ya metsi, seka kolobe, e
dulang metsing, le naheng ka nako tse ding, e mohatla o monyane, e dipuonama tse
sephara haholo, e mahlo le meno a maholo. /bon. dikubu/.
Kubu (//) /whip/ Sephadi se entsoeng ka letlalo la phoofolo (kubu) bakeng sa ho
nyoka; phafa ya letlalo la kubu e etsoeditsoeng ho shapa. /bon. dikubu/.
Kubuta (ku-bu-ta) /to put up side down/ Ho isa bokahodimo katlase.
Kubutella (ku-bu-tel-la) /to make up side down/ Ketsiso ya ho kubuta: ho koahela
ka ho isa bokahodimo ka tlase.
Kubutelletse (ku-bu-tel-le-tse) // Bokgale ba ho kubutella.
Kubutelletsoe (ku-bu-tel-le-tswe) // Boetsuwa le bokgale ba ho kubutella.
Kubutello (ku-bu-tel-la) /up side down situation/ Ketso ya ho kubutella: koahelo ka
ho isa bokahodimo katlase.
Kubutelloa (ku-bu-tel-lwa) // Boetsuwa ba ho kubutella.
Kubuto (ku-bu-tow) // Ketso ya ho kubuta: Ho isa bokahodimo katlase ka ho
koahela.
Kubutolla (ku-bu-tol-la) /to make down side up/ Ketsollo ya ho kubutella: ho isa
bokatlase ka hodimo.
Kubutollo (ku-bu-tol-law) /down side up, inside out/ Ketso ya ho kubutolla:
mokgoa wa ho isa bokatlase ka hodimo.
Kudisa (ku-di-sa) /to sicken, make ill/ Ketsiso ya ho kula: ho etsa hore motho kapa
ntho e kule; ho etsa hore ntho e tshoaroe ke bokudi. Ho baka boloetse.
Kudiso (ku-di-so) /sickening/ Ketso ya ho kudisa: ho etsa hore motho kapa ntho e
kule; ho etsa hore ntho e tshoaroe ke bokudi. Pako ya boloetse.
Kuka (ku-ka) /take on, lift up/ Ho phahamisa; ho isa hodimo ka letsoho kapa ka
ntho e itseng. Ho nyolla ka seatla. (bap. phahamisa).
Kukela (ku-ke-la) /dispossess/ Ketsetso ya ho kuka: ho amoha ka ho nka seo eleng
sa motho emong. Ho phamola ka tsela e mpe. (bap. nkela).
249
250
Kukela (ku-ke-la) /undermine/ Ho bontsha lenyatso kgahlanong le motho emong;
ho nkela ntho kapa motho fatshe kapa tlase. (bap. nkela) Mohl. O nkukela fatshe.
Hobaneng merabe emeng e rata ho kukela batho babang fatshe? Ho ba morui ha ho
bolele ho kukela batho fatshe. Kgethollo ya morabe e bolela ho kukela batho fatshe.
Ha o le morutehi ha ho bolele hore o kukele batho fatshe. Ke tsebanyane e kukelang
batho fatshe.
Kukelo (ku-ke-law) /dispossesion/ Ketso ya ho kukela: kamoho ka ho nka seo eleng
sa motho emong ka tsela e sa lokang.
Kukelo (ku-ke-law) /undermining/ Ketso ya ho kukela tlase: boemo ba ho bontsha
lenyatso kgahlanong le motho emong; ho nkela ntho kapa motho fatshe kapa tlase.
Kukisa (ku-ki-sa) /to help lift up, take/ Ketsiso ya ho kuka: ho thusa ho kuka.
Kukiso (ku-ki-saw) /help for lifting up/ Ketso ya ho kuka: thuso ya ho kuka.
Kuku (ku-ku) /cake/ Sejo se entsoeng ka motsoako wa phofo ya koro, tomoso,
tsoekere, sereledi, lehe le dimonate tse ding mme sa omosoa hore se butsoe.
Kuku (ku-ku) /virgina/ Setho sa botshehadi ha se bitsoa ka ho hlomphuwa kapa ho
reneketsoa. Theneketso ya setho sa botshehadi. /bon. dikuku/ (bap. nnyoana).
Kukuna (ku-ku-na) /to discomfort/ Ho etsa lekukuno: ho hlajoa ke mahoashe kapa
motsu wa ntho e aperoeng, roetsoeng kapa e jariloeng. Ho babasela hoa setho seseng
sa mmele ho etsang hore ho be le kutlo eseng monate.
Kukunela (ku-ku-ne-la) /to cause discomfort/ Ketsetso ya ho kukuna: ho baka
lekukuno; ho etsa hore karolo enngwe ya mmele e be le bohloko.
Kukunelo (ku-ku-ne-law) /discomfortability/ Ketso ya ho kukunela: mokgoa kapa
boemo ba ho baka lekukuno; ho etsa hore karolo enngwe ya mmele e be le bohloko.
Kukuneloa (ku-ku-ne-lwa) // Boetsuwa ba ho kukunela.
Kukunetse (ku-ku-ne-tse) // Bokgale ba ho kukunela.
Kukunetsoe (ku-ku-nets-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho kukunela.
Kukuno (ku-ku-naw) /discomfort/ Ketso ya ho kukuna: ho etsa lekukuno: ho hlajoa
ke mahoashe kapa motsu wa ntho e aperoeng, roetsoeng kapa e jariloeng. Ho
babasela hoa setho seseng sa mmele ho etsang hore ho be le kutlo eseng monate.
Kukuta (ku-ku-ta) /in betting or gambling: to loose/ Ho jewa chelete kapa ntho e
itseng nakong ya ho becha; ho lahleheloa ke chelete e ngata bakeng sa papadi ya ho
becha. Ho jewa chelete kapa moputso papadileng.
Kukuto (ku-ku-taw) /loosing in betting or gambling/ Ketso ya ho kukuta: ho jewa
chelete kapa ntho e itseng nakong ya ho becha; ho lahleheloa ke chelete e ngata
bakeng sa papadi ya ho becha. (bap. tjewo).
Kukutoa (ku-ku-taw) (kukutwa) /to loose by gambling/ Boetsuwa ba ho kukuta: ho
lahleheloa le ho jewa chelete kapa moputso papadileng.
Kula (ku-la) /sick/ Ho hloka bophelo bo botle mmeleng kapa kelellong ka baka la
bohloko bo itseng; ho se be monate ka baka la lefu kapa boloetse bo itseng.
Kulela (ku-le-la) /sick at, sick for/ Ketsetso ya ho kula: ho kula bakeng sa.
Kulo (ku-lo) /bullet/ Peo ya sethunya eo ha e butsoeloa e bolayang kapa e lematsang
ho thungoang kapa se thungoang. /bon. dikulo/.
Kunkela (kun-ke-la) /to have fire sign/ Ho bontsha mosi o supang hore mollo o ka
tuka neng kapa neng; ponahalo ya mosi o bontshang hore lelakabe la mollo le ka
hlaha neng kapa neng; pontsho ya hore mollo o ka hotela haufinyane. (bap. kubella).
Kunkelo (kun-ke-law) /fire sign/ Ketso ya ho kunkela: pontsho ya hore mollo o ka
hotela haufinyane; ponahalo ya mosi o bontshang hore lelakabe la mollo le ka hlaha
neng kapa neng. (bap. khotetso, kubello, lakabetso).
Kunketse (kun-ke-tse) // Bokgale ba ho kunkela.
250
251
Kuno (ku-naw) /a benefit, gain/ Ketso ya ho una; ho ba molemo bakeng sa; ho
tsoela molemo hoa ntho kapa ketsahalo e itseng.
Kununu (ku-nu-nu) /virgina/ Setho sa botshehadi ha se bitsoa ka ho hlomphuwa
kapa ho reneketsoa. Theneketso ya setho sa botshehadi. /bon. dikununu/.
Kunuta (ku-nu-ta) /conspire/ Ho etsa morero o mobe o kgahlanong le motho emong
ka lekunutu; ho etsa kopano kapa mmomori wa ho etsa motho kapa batho babang
hampe ka lekunutu.
Kunuto (ku-nu-taw) /conspiracy/ Ketso ya ho kunuta: tloaelo ya ho etsa morero o
mobe o kgahlanong le motho emong; ho etsa kopano ya mmomori wa ho etsa motho
kapa batho babang hampe ka lekunutu. (mm. kunutoa, kunutile, kunutiloe).
Kunyakunya (kun-ya-kun-ya) // Ho tsitsinyeha hoa diboko tse ngata hodima ntho e
shoeleng; ho tsitsinyeha ke bohloko hoa ntho e wetseng fatshe. (bap. meneka).
Kunyakunyo (kun-ya-kun-yaw) // Ketso ya ho kunyakunya: ho tsitsinyeha hoa
diboko tse ngata hodima ntho e shoeleng; ho tsitsinyeha ke bohloko hoa ntho e
wetseng fatshe. (bap. meneko).
Kunyatha (mo-kun-ya-ta) /chicane, hoodwink/ Ho jalletsa kapa ho qhekanyetsa ka
ho sebedisa boqhekanyetsi bakeng sa ho fumana se batloang. (bap. Mokunyatha).
Kupa (ku-pa) /rage, furious, vehement/ Hoa ntoa: e bohale haholo; ya kgumamela;
e hlokang setsoalle ebile e akga dipolayano tse ngata. Mohl. Ntoa e kile ya kupa
pakeng tsa naha ya Russia le ya Georgia.
Kupile (ku-pi-le) /raged/ Bokgale ba ho kupa.
Kupisa (ku-pi-sa) /cause to have rage/ Ketsiso ya ho kupa.
Kupo (ku-paw) /vehemence, fury, violence/ Boemo ba ntoa e bohale ya kgumamela;
mokgoa o hlokang kgotso ebile o akga ditoantshano. Ketso ya ho kupa.
Kupu (ku-pu) /type of snare/ Mofuta wa sefi se bolayang phofu ya sona ka ho otla
kapa ho pola ka tshepe ho tsoa mahlakoreng ha se chehiloe, ebile se baka lerata le
tshoanang le lebitso la sona. /bon. Dikupu/ (bap. ketle).
Kuruetsa (ku-ru-etsa) // Ho bontsha ngoana kgoedi e phethileng sekgoana ka mora
kgoedi tse tharo a tsoetsoe ho pheta moetlo wa Sesotho.
Kuruetso (ku-ru-etso) /Basotho baby culture/ Lelomolo la ho bontsha ngoana
kgoedi e phethileng senkgoana ka mora kgoedi tse tharo a tsoetsoe. Moetlo wa
Sesotho wa ho bontsha ngoana wa kgoedi tse tharo kgoedi bosiu. /bon. 0/
Kuta (ku-ta) /shave, cut hair, mow/ Ho tlosa moriri, mohoete kapa boya mmeleng;
ho faola mohloa kapa joang. (bap. hela, shoashoaila).
Kutlo (ku-tlaw) /hearing/ Ketso ya ho utloa: ho etsa hore tsebe e thole molaetsa; ho
etsa tsebe e kgone ho hlalosa modumo ka ho tolokela karolo ya boko. (bap. tatso).
Kutlo (ku-tlaw) /perception/ Tsela eo motho kapa ntho a utloisisang ketsahalo kapa
tlhaloso ka yona.
Kutlo (ku-tlaw) /feeling/ Tsela eo mmele wa motho kapa ntho e phelang o hlalosang
ho angoa kapa ho thetsoa ke ntho efe kapa efe, ka ho hlalosa mocheso, mohatsela
kapa bohloko.
Kutlo (ku-tlaw) /feeling, taste, hearing/ Ketso ya ho utloa: ho ba le kutlo ya ho
thetsoa; ho ba le boikutlo ba ho elelloa se thetsang mmele. Ho ba le kelohloko ya
tatso ya se jewang; ho etsa phapang ya tatso ka leleme; ho sebedisa boko bakeng sa
ho elelloa ka kelello.
Kutloahalo (ku-tlwa-ha-law) /clarity, understandableness/ Ketso ya ho utlohala: eo
kelello le ditsebe di kgonang ho e utloisisa; eo hoseng komang ka yona; e
nepahetseng ho ya ka kutloisiso ya tsebe le kelello.
251
252
Kutloahalo (ku-tlwa-ha-law) /loud and clear/ Ketso ya ho utloahala: eo modumo le
moelelo wa teng oleng bonolo ho e hlalosa; eo tsebe e tholang bobebe ho e hlalosa.
Kutloahatso (ku-tlwa-ha-tsaw) /clarification, elucidation/ Ketso ya ho utloahatsa:
ho bebofatsa se boleloang kapa se buuwang ka puo e bobebe.
Kutloano (ku-tlwa-naw) /agreement, pact, compatibility/ Ketso ya ho utloana: ho
ba bo emong ba ho ratana kapa ho kgema mmoho; ho etsa dintho ka ho dumellana;
ho ba boemong ba tumellano ya ho etsa dintho ka ho tshoana.
Kutloello (ku-tlwel-law) /hearsay, rumour/ Ketso ya ho utloella: ho utloa taba kapa
ketsahalo e itseng ka bo mabarebare ntle le ho ikgodisa; ho joetsoa taba e sa
tsebahaleng kapa eo bonnete ba yona bo sa tsejoeng.
Kutloelo (ku-tlwe-law) /sad feeling for/ Ketso ya ho utloela: ho Ho ba boemong ba
ho nahanela motho emong ya bohlokong; ho ba le maikutlo a kutloelo bohloko
kgahlanong le motho ya mathateng.
Kutloisisano (kutl-wi-si-sa-naw) /collaboration/ Ketso ya ho utloisisana: ho kgema
mmoho; tshebedisano mmoho. (bap. tshebedisano).
Kutloisiso (kutl-wi-si-saw) /understanding, comprehension/ Ketso ya ho utloisisa:
tsebo ya ho hopola se boleloang, se hlalosoang, se etsahalang le se rutoang. Bokgoni
ba ho hlalosoa se rutoang kapa se boleloang; ho kgona ho mamedisa ka tsela eo se
boleloang se bang boemong ba ho dula kelellong; ho ba boemong ba ho etsa se
boletsoeng kapa se rutiloeng. Ho etsa phapang pakeng tsa ntho tse pedi.
Kutloiso (kutl-wi-saw) // Ketso ya ho utloisa: ho etsa hore motho a utloe.
Kuto (ku-taw) /shaving, mowing/ Ketso ya ho kuta: ho tlosa moriri, mohoete kapa
boya mmeleng; ho faola mohloa kapa joang. (bap. peolo).
Kutso (ku-tsaw) /theft, stealing/ Ketso ya ho utsoa: ho nka seo eseng sa hao ka tsela
e mpe; ho nka ka botsotsi. Ho nka tseo kapa seo eseng sa hao ntle le tumello; ho hapa
ka mahahapa kapa ntle le tsebo ya monga thepa; ho ba letsoho le lelelele; ho nkela
babang tsa bona ntle le tsebo ya bona. (bap. boshodu, mautsoe).
Kutsoetso (kuts-we-tso) /stealing/ Ketso ya ho utsoetsa: ho nka ntho ya motho ntle le
tumellano; ho hapa sa motho emong ka tsela e seng molaong.
Kutsoiso (kuts-wi-so) // Ketso ya ho utsoisa: ho baka kapa ho etsa hore motho a
utsoe; ho qalletsa emong ka leshano la ho mo etsa leshodu.
Kutu (ku-tu) /tree trunk/ Bokatlase bo boholo ba sefate kapa semela bo lateloang ke
methapo. /bon. Dikutu/.
Kutuketso (ku-tu-ke-tso) /original verb/ Lentsoe la semelo leo hoseng leleng le le
bopileng; karolo ya ho qetela ya seboledi se itshetlehileng ka leetsi mme e le sona se
supang ketso. /bon. Dikutuketso/ Tem. Mefuta ya dikutuketso: tsa mathomo joalo ka;
bitsa, loma, sila, ruta, reka, hama, jj. Tsa mahlomela joalo ka: boetsuwa, ketsahalo,
ketsetso, ketsiso, ketsisiso, ketsollo, ketsetsano, phetako le leiketsi.
Kutullo (ku-tul-law) /revelation, disclosure, manifestation/ Ketso ya ho utulla: ho
ntsha ka tlase se patiloeng; ho beha pepeneneng seo se neng se patiloe kapa se
patehile. Ho hlahisa patiloe. Pepeso ya patiloe. Tlhahiso ya pinyane.
Kututlhakiso (ku-tu-tl-ha-ki-saw) // Motso wa lentsoe le hlalosang boemo, mokgoa,
mmala kapa sebopeho sa ntho e itseng. Mohl. Tenya, holo, nyenyane, lelele, tonana,
kae, thokoa, nalana, tala, raro, bedi, tle, kaalo, jj. /bon. Dikututlhakiso/.
Kututhuo (ku-tuthu-aw) // Motso wa lentsoe la semelo le hlalosang boemo ka ho
bontsha thuo kapa seo eleng sa mmui kapa mmuiswa. Mohl. Ka, hao,eso, eno, abo,
jj. /bon. Dikututhuo/ (mm. kutu-thuo).
Kututsa (ku-tu-tsa) /to search vigorously, ferret, frisk/ Ho batlana le ntho ka ho
phenyokolla; ho batlana le ntho e itseng ka ho suthisa dintho. (bap. phenyokolla).
252
253
Kututsa (ku-tu-tsa) /make noise by searching/ Ho baka lerata ka ho phahlolla le ho
batlana le se itseng.
Kututso (ku-tu-tsaw) /vigorous searching/ Ketso ya ho kututsa: patlo ya ntho ka ho
phenyokolla le ho suthisa. Mokgoa wa ho baka lerata ka ho phahlolla le ho batlana le
se itseng. (bap. mokutu).
Kwae (kwa-e) /cigarette/ Semela se sitsoeng kapa haitsoeng mme sa omisoa bakeng
sa ho tsujoa. Mael. Mofuta ha o nkgoe ka nko e se qoba la kwae: mohlankana kapa
moroetsana o ithuta molekane le ba habo ba se ba dula mmoho.
Kwae (//) (koae) /penis/ Setho sa botona sa mmele se sebedisoang bakeng sa ho rota
le ho kota. /bon. dikwae/ (bap. ntoto, ntotoana).
Kwaekwae (kwa-i -kwa-i) /woman shoe‟s heel/ Bohato ba serethe ba seeta sa motho
e motshehadi se selelele. /bon. dikwaekwae/ (mm. Koaekae).
Kwakwa (kwa-kwa) /panga/ Mofuta wa sebetsa se bohale, seo ekareng selepe, se
sebediosang bakeng sa ho loana. /bon. dikwakwa/ (mm. koakoa).
Kwara (kwa-ra) /mock, tease/ Ho soma: ho bua dipuo tse tshehisang kapa tse
utloisang bohloko kgahlanong le. (mm. Koara).
Kwelo (kwe-law) (koelo) /fall of/ Ketso ya ho wa kapa ho wela.
Kwerekwetsa (kwe-re-kwe-tsa) /to have xenophobia/ Ketso ya ho kwerekwetsa: ho
hloya modichaba; ho ba le lehloyo la matsoantle kapa molata. (mm. koerekoetsa).
Kwerekwetso (kwe-re-kwe-tso) /xenophobia/ Lehloyo la batho ba tsoang naheng
tseding; lehloyo la badichaba; lehloyo la batsoantle. (bap. Kgethollo, kgesollo).
Kweretsa (kwe-re-tsa) /to speak foreign language/ Ho bua puo ya badichaba: ho
bua joalo ka lekwerekwere. (mm. Koeretsa, koerekoetso).
Kweretso (kwe-re-tso) // Ketso ya ho kweretsa: ho bua puo ya badichaba kapa ho
bua joalo ka lekwerekwere. Puo ya badichaba naheng ya heno. (mm. Koeretso).
Kwete (kwe-te) /handsome/ Mohlankana e motle. (bap. semomotela, sematsatsa).
Kwetela (kwi-ti-la) /kidnap/ Ho nka ka mahahapa kapa ka sheshe (mm. koetela).
Kwetelo (kwi-ti-law) /kidnapping/ Ketso ya ho koetela: ho nka ka mahahapa.
253
254
Lll
PALE:
Tlhaku ya leshome le metso e mmedi ya Sesotho. Ha se nnete hore Basotho ha ba na
“D”. Ho sebedisa “L” bakeng sa “D” ho bolela hore Basotho ha ba tsebe ho
dumedisa, dumaela, dula, duka, jwalo jwalo. Tje ka ha ho se ho hlalositsoe, ba bang
ba baqapi ba ngolo ya puo ya Sesotho e ne ese Basotho. Kahoo bane ba etsa seo ba
se ratang ka puo ya Sesotho. Tlhaku “L” e ikemetse, ebile ha ho kamoo e ka
sebedisoang bakeng sa “D” kateng. Ho tla dula ho le jwalo. Hape, tlhaku ena ke
enngwe ya ditlhaku tse nang le mareho a tlhaho kapa a semelo Sesothong. Ebang ho
dumeleha ho sebedisa tlhaku “L” moo e lateloang ke sedume: “I” lentsoe kapa
mantsoe a latelang a tla bitsoa joang: “llisa, llile” ho arohanya “D” ho ona?
Tlhokomediso: Bongata ba maetsi a qalang ka “L” a nka tlhaku “T” ha eba mareho.
Mohlala: lekanya= tekanyo, lebella = tebello, lakatsa= takatso, jwalo jwalo.
Bongata ba mareho a qalang ka “L”, bongata ba ona a qala ka “M”. mohlala:
lejoe=majoe, lefatshe=mafatshe, lekase=makase, jwalo jwalo.
L (el) //.
La (la) /of people: you/ Seemedi se emelang batho bao ho buuwang le bona ka
bongateng. Mohl. La bapala, La kgutla.
La (la) /of days/ Mohl. La boraro, la bone. La pholokgoaba..
La (la) /of/ Mohl. la hao, la tau, la bona .
Labalaba (la-ba-la-ba) /long for/ Ho hopola motho, sebaka kapa ntho e itseng
haholo; ho lakatsa ho bona; ho lakatsa ho ja sejo kapa ho utloa se itseng; ho lakatsa
kapa ho hloloheloa.
Labalabedisa (la-ba-la-be-di-sa) /cause to long for/ Ketsiso ya ho labalaba.
Labalabela (la-ba-la-be-la) /long for/ Ketsahalo ya ho labalaba. (bap. lakatsa).
Labo (la-bo) /his, hers/ Leo eleng la bo mmuuwa; leemedi kapa seemedi se
bontshang seo eleng sa motho eo ho buuwang ka yena ebile se qala ka tlhaku “L”.
Labobedi (la-bu-be-di) /Tuesday/ Letsatsi la boraro la beke. Tlh. Ha ho thoe
labobedi, ha ho bolele hore letsatsi lena ke la bobedi bekeng, empa ke la boraro ka
tatellano ya palo. Letsatsi la pele la beke ke Sontaha. (sheb. beke bakeng sa tlhaloso).
Labohlano (la-bu-hla-nu) /Friday/ Letsatsi la botshelela la beke ka Sesotho: le tlang
ka mora labone, le lateloe ke moqebelo. /bon. Bolabohlano/.
Labone (la-bu-ne) /Thursday/ Letsatsi la bohlano la beke le tlang ka mora laboraro,
ebe le lateloa ke Labohlano. /bon. Bolabone/.
Laboraro (la-bu-ra-ru) /Wednesday/ Letsatsi la bone la beke le tlang ka mora
Labobedi, ebe le lateloa ke Labone. /bon. Bolaboraro/.
Laborathori (la-bu-rat-ho-ri) /laboratory/ Sebaka seo ho etsoang diteko teng;
sebaka seo boramahlale ba etsang diteko ho sona. /bon. Dilaborathori/.
Laecha (la-i-cha) /load/ Ho nka dintho tse ngata kapa tse boima le ho di beha hodima
sebaka se itseng. (bap. malaecha).
Laeha (la-e-ha) // Ketsahalo ya ho laya: e kgonang ho eletsoa.
Laeha (//) // Ho amohela nepahatso ya bobe ha bo hlahela mmuuwa kapa moetsuwa.
254
255
Laehile (la-e-hi-le) // Bokgale ba ho laeha.
Laela (la-e-la) /instruct, command, order/ Ho fana ka taelo; ho joetsa motho kapa
ntho se tlamehang ho etsoa. Ho bolella emong se tlamehang ho phethoa.
Laetsa (la-e-tsa) /give messege, give a memo/ Ho fana ka molaetsa; ho fana ka puo e
tlamehang ho fetisetsoa ho motho emong. (bap. taetso).
Lahla (la-hla) /throw out, cast off, discard, dump/ Ho tlosa pontsheng; ho tlosa se
sa hlokahaleng; ho nyametsa ka ho tsamaisa.
Lahla (//) /exclamation: what a disaster!/ Lekgotsa le sebedisoang ho bontsha bobe
ba se etsahalang kapa se etsoang ke moetsi se sa ratoeng ke emong. Mohl. Thabo o
utsoitse hape, lahla! Ke qala ho bona ntho e tjena, lahla!
Lahlana (la-hla-na) // Ketsetsano ya ho lahla: ho tlohellana; ho arohana. Mael. Ho ya
ka makgoro ha se ho lahlana: ho arohana ha ho bolele hore batho ba keke ba hlola ba
kopana hape.
Lahleha (la-hle-ha) /lost/ Ho se tsebe tsela; ho nka tsela kapa mocha o fosahetseng.
Lahlehelana (la-hle-he-la-na) // Ketsetsano ya ho lahleha: ho se bone motho eo ho
tsamawang le yena; ho nyamela hoa motho eo ho tsamawang le yena.
Lahleheloa (la-hle-he-lwa) // Boetsuwa ba ho lahleha.
Lahlehile (la-hle-hi-le) /lost/ Bokgale ba ho lahleha: e sebakeng seo e sa tsejoeng
hore e hokae; e sa bonahaleng ponahalong le pontsheng ya mahlo.
Lahlehisa (la-hle-hi-sa) /mislead/ Ketsiso ya ho lahleha: ho etsa hore ntho kapa
motho a lahlehe; ho etsa hore motho a etse phoso.
Lahlela (la-hle-la) /throw/ Ho neheletsa hampe; ho fa ka ho fofisa moyeng.
Lahlella (la-hlel-la) /throw at/ Ketsetso ya ho lahlela.
Lahlile (la-hli-le) // Bokgale ba ho lahla.
Lahliloe (la-hli-lwe) // Boetsuwa ba ho lahla.
Lahlisa (la-hli-sa) /make to throw away/ Ketsiso ya ho lahla: ho baka hore motho
emong a lahle seo a se tshoereng.
Lahlisoa (la-hli-swa) // Boetsuwa le ketsiso ya ho lahla.
Lahloa (la-hl-wa) // Boetsuwa ba ho lahla.
Laitsa (la-its-a) /of lightning: brighten/ Ho kganya hoa tladi kapa lehadima:
ponahalo ya kganya e bakoang ke boemo ba lehodimo.
Laitseke (lai-tse-ke) /exclamation: lightning fast!/ Lekgotsa le bontshang potlako
ya kganya ya tladi kapa letsolo. Mohl. Re sa eme la re laitseke lehodimo! Hoba le re
laitseke, ra kena ka matlung bohle. (mm. Lai-tseke).
Laka (la-ka) /mine: with nouns starting with “L” / Seemedi se bontshang hore
thuo kea mmuwi kapa moetsi wa ketso. Mohl. Laka lentsoe. Lebone laka lona le a
bonesa. Ba tsamaile ba tshoere lejoana laka. (bap. saka).
Lakabane (la-ka-ba-ne) /iguana/ Mofuta wa sehahabi se seholohadi, se molala o
mahoashe seka mmankgoshepe, se phelang majoeng le meferong. /bon. Dilakabane/.
Lakabela (la-ka-be-la) /to burn, ignite/ Ho ba boemong ba ho baka lelakabe: ho etsa
hore mollo o tuke ka ho bontsha lelakabe. (mm. Lakabeditsoe).
Lakabetsa (la-ka-be-tsa) /inflame, ablaze/ Ho etsa hore ntho ebe le lelakabe; ho
hotetsa mollo; ho tukisa ntho ka ho etsa lelakabe.
Lakabetse (la-ka-be-tse) // Bokgale ba ho lakabetsa.
Lakabetso (la-ka-be-tso) /inflammation/ Ketso ya ho lakabetsa: mokgoa wa ho etsa
hore ntho e lakabele; ho tukisa ntho ka ho etsa lelakabe. (bap. rotetsa).
Lakabetsoa (la-ka-be-tswa) /ignited, inflamed/ Boetsuwa ba ho lakabetsa.
Lakadisa (la-ka-di-sa) /cause to lust/ Ketsiso ya ho lakatsa: ho etsa hore motho kapa
ntho e lakatse; ho beha boemong ba takatso. (bap. labalabedisa).
255
256
Lakaditse (la-ka-di-tse) // Bokgale ba ho lakatsa.
Lakaletsa (la-ka-le-tsa) /to wish/ Ketsetso ya ho lakatsa: ho batla hore ho etsahale
ketso e itseng mothong kapa nthong enngwe.
Lakaletsoa (la-ka-le-tswa) /wished/ Boetsuwa ba ho lakaletsa.
Lakatsa (la-ka-tsa) /covet, lust, desire, crave/ Ho batla kapa ho labalabela haholo;
ho batla ka tsela e sa nepahalang; ho ba le cheseho ya; ho ba le maikutlo a maholo a
ho etsa ketso e itseng. (bap. batla).
Lala (la-la) /be with me, lean on/ Ho ba pela; ho ba mmoho le; ho tsamaisana le; ho
fana ka thuso bakeng sa. Mohl. Lala ho nna shoalane e fehlile, ngoaneso. Mael. Ho
lala taba ka mmele: ho etsa eka ha ho letho; ho iphapanya.
Lala (la-la) (ho lala) /let there be peace/ Ho ba le boemo ba kgotso; ho kgaotsa ho
loana kapa ho halefa. (sheb. Lale bakeng sa tshebediso).
Lale (la-le) /let there be peace/ Ho bale kgotso nakong ya ntoa kapa khalefo; ho
batla kgotso, kgutso kapa toka. Mohl. Ha e lale hle Mokoena, re keke ra hlola re
pheta. Ha e lale motaung! Mael. Ha e lale makoala re none: ha ho be le kgotso
bakeng sa rona bohle ba ratang toka le kgutso.
Lalametsa (la-la-me-tsa) /to swallow quickly/ Ho koenya ka potlako e kgolo; ho
metsa kapelenyana; ho isa le mmetso ka ho panya hoa leihlo.
Lalametso (la-la-me-tso) /quick swallowing/ Ketso ya ho lalametsa: boemo ba ho
metsa kapelenyana; ho isa le mmetso ka ho panya hoa leihlo.
Lalla (lal-la) // Ho emela motho kapa ntho moo ho patehileng bakeng sa ho mo
hlekefetsa; ho emela motho nqa e sa bonahaleng ka sepheo sa ho mo noanyetsa
bakeng sa tlhaselo. (mm. Lalletse, lalletsoe).
Lalla (lal-la) /exclamation: it‟s a goal!/ Lekgotsa le bontshang hore ntlha e kene,
haholo papading ya bolo ya maoto.
Lalletse (lal-le-tsi) // Bokgale ba ho lalla.
Lalletsoe (lal-le-tswe) // Boetsuwa le bokgale ba ho lalla.
Lane (la-ni) /that one there/ Lesupa le bontshang ntho e hojana ka ho toboketsa.
Lanene (la-ni-ni) /that one over there/ Lesupa le bontshang ntho e hojana ka ho
toboketsa.
Lantshoekge (la-nts-hwe-kge) /extreme speed/ Lebelo le leholo haholo la motho;
potlako ya ho matha e tshoanang le ya ntshoekge. /bon. Labontshoekge/.
Laofatsa (la-u-fa-tsa) /regulate/ Ho etsa hore boemo, mokgoa, tloaelo kapa ketso e
itseng e be molao; ho fetolela molaong; ho etsa hore boemo bo latele molao.
Laofatso (la-u-fa-tso) /regulation/ Ketso ya ho laofatsa: mokgoa wa ho etsa hore
tloaelo kapa ketso e itseng e be molao; phetolelo ya tloaelo ho molao; ho etsa hore
boemo bo latele molao kapa semolao. /bon. Ditaofatso/ (bap. taofatso).
Laola (la-u-la) /conduct, direct, dominate, lead/ Ho ba boemong ba molaodi; ho
etsa ketso tsa moetapele; ho ba le matla a ho laela; ho ba ka sehlohlolong sa ho etella
pele. (bap. kabasa).
Laolla (la-ul-la) /off load/ Ho theola kapa ho laecholla moroalo; ho beha moroalo o
boima sebakeng seseng. (bap. theola, laecholla).
Laotse (la-u-tse) /controlled/ Bokgale ba ho laola.
Laotsoe (la-u-tswe) /controlled/ Bokgale le boetsuwa ba ho laola: boemo ba fuwa
taolo mmoho le taelo. Mael. Malala a laotsoe: ho ba boemong ba ho itukisetsa ketso
kapa ketsahalo efe kapa efe.
Lapa (la-pa) /hungry/ Ho lakatsa sejo; ho ba le kutlo ya tlhokeho ya dijo maleng; ho
batla dijo; ho tshoaroa ke tlala. Ho lakatsa se jewang.
256
257
Lapa (//) /poor/ Ho futsaneha: ho ba boemong ba motho ya hlokang ntho tse
hlokahalang tsa bophelo; ho ba ntle le dijo kapa se jewang. Mohl. Ke kgale ke bona
hore ngoaneso o wa lapa ka mora hoba a nyaloe ke Sefika.
Lapeng (la-pe-ng) /home/ Moo ho dulang motho teng; moo lelapa kapa motho a
robalang le ho tsoha teng; seahelo sa motho. /bon. malapeng/ (bap. lelapa, hae).
Lapile (la-pi-le) /hungry, famished, starved/ Bokgale ba ho lapa: e kapa ya
boemong ba ho batla dijo; ya lakatsang se jewang; ya nang le tabatabelo ya sejo.
Lapisa (la-pi-sa) /make hungry/ Ketsiso ya ho lapa: ho etsa hore ntho kapa motho a
batle dijo; ho labalabedisa sejo. Tlh. Ka puo ya Setswana lentsoe lena, “lapisa” le na
le moelelo omong.
Lapisitse (la-pi-si-tse) // Bokgale ba ho lapa.
Lapisitsoe (la-pi-si-tswe) // Boetsuwa le bokgale ba ho lapa.
Lapisoa (la-pi-swa) // Boetsuwa ba ho lapa.
Lara (la-ra) // Ho ema ka tebello ya ho bona ntho kapa se itseng; ho lalla ntho e
tlamehang ho tshoaroa kapa ho bonoa; ho ba boemong ba se batlang ho chehoa.
Larela (la-re-la) // Ketsetso ya ho lara: ho lalla.
Larile (la-ri-le) /waited in vain/ Bokgale ba ho lara.
Larinya (la-rin-ya) /highly toxic substance/ Mofuta wa chefu e holofatsang
kapelenya ebile e bolaya bongata ba tseo di noeleng. Chefu e bohale haholo hofeta
tse ding ka lebaka la motsoako wa yona. /bon. Larinya/.
Larisa (la-ri-sa) /cause to wait in vain/ Ketsiso ya ho lara: ho baka ho lara: ho baka
ho emisa ka tebello ya ho bona ntho kapa se itseng.
Lata (la-ta) /fetch/ Ho tlisa haufi; ho atametsa pela.
Latela (la-te-la) /fetch for/ Ketsetso ya ho lata: ho lata bakeng sa.
Latela (//) /follow/ Ho tsamaya ka mora ntho kapa motho; ho tla ka morao ho. (mm.
latelang, e latelang, tse latelang).
Latelana (la-te-la-na) /successive, row, insuccesion/ Ho tla ka morao ho hohong
kapa enngwe; ho tla ka lenane kapa tlhatlhamano. (bap. latellana) Tlh. Mantsoe,
“latelana” le “latellana” a batlile a tsoana haholo ka meelelo.
Latella (lat-el-la) /stalk, haunt, pursue/ Ho shebana kapa ho natsa motho ka ho
bontsha maikemisetso a mabe; ho lakaletsa bobe ka ho etsa diketso tse mpe; ho sala
motho kapa ntho e itseng morao ka sepheo se sebe.
Latellana (lat-el-la-na) /consecutive, succeed/ Ketsetsano ya ho latela: ho tsamaya
ka mora ntho kapa motho. Ketsahalo ya ho tla ka morao ka tlhatlhamano; mokgoa wa
ho hlahlamana.
Latellana (//) /successive, row, insuccesion/ Ho hlahlamana ka lenane: ho tla ka
mora enngwe kapa ho etsahala ka tatellano.
Latellisa (la-tel-li-sa) /make a sequence/ Ketsiso ya ho latella: ho hlahlamanya ka
tatellano kapa ho tla ka morao ho.
Latellisa (la-tel-li-sa) /pursue/ Ho batlisisa ka ho ba ka mora; ho natsa ka sepheo sa
ho thola karabo. (bap. batlisisa).
Latellisisa (la-tel-li-si-sa) /investigate/ Ketsisiso ya ho latella: ho etsa dipatlisiso tsa
boemo bo itseng; ho phenyokolla ka sepheo sa ho batla bonnete ba taba e itseng.
Latha (lat-ha) /to walk like a fool/ Ho tsamaya joalo ka lathalatha; ho tsamaya joalo
ka motho e molelele ya sa phelang hantle kelellong. Ho tsamaya joalo ka motho ya
lemetseng ditho tsa mmele, haholo maoto.
Lathalatha (lat-ha-lat-ha) /tall foolish person/ Motho ya molelele ya sa fellang
kelellong kapa mmeleng; motho ya sa itekanelang sebopehong sa mmele eo
motsamao wa hae o sa tloaelehang. /bon. dilathalatha/ (bap. obuobu, otseotse).
257
258
Lathasela (lat-ha-se-la) /move, walk foolishly/ Ketsiso ya ho latha: ho tsamaya joalo
ka lathalatha; ho tsamaya joalo ka motho e molelele ya sa phelang hantle kelellong.
Lathaselo (lat-ha-se-law) /foolish walk/ Ketso ya ho lathasela: motsamao wa
lathalatha. Motsamao wa sehole se selelele.
Lathasetse (la-tha-se-tse) // Bokgale ba ho lathasela.
Latofatsa (la-tu-fa-tsa) /vindicate/ Ho fumana motho a hloka molato: ho se fum ane
phoso kapa se bakang kahlolo kgahlanong le moqusuwa. (mm. latofaditse).
Latofatso (la-tu-fa-tso) /vindication/ Ketso ya ho latofatsa: ho fumana motho a
hloka molato: ho se fumane phoso kapa se bakang kahlolo kgahlanong le moqusuwa.
Latola (la-tu-la) /deny/ Ho hana nyenyenye; ho hana ka botlalo; ho se dumele
hohang; hore che kapa ho se dumele se etsoang kapa se buuwang. (mm.Tatolo,
boitatolo, latoleloa, latotse, latolang, molatodi) (bap. koeneha) Mael. Ho latola
bosehla: ho hana ka botlalo; ho hana nyenyenye.
Latolana (la-tu-la-na) /incompatible/ Tse sa dumellaneng kapa tse hananang; e sa
tsamaisaneng le enngwe; e sa utloaneng le enngwe ka diketso.
Latolela (la-tu-le-la) /deny for/ Ketsetso ya ho latola kapa ho lahlela motho matsoho.
Latotse (la-tu-tse) /denied/ Bokgale ba ho latola.
Latsoa (lats-wa) /to taste/ Ho utloa ka molomo kapa leleme monate wa ntho e
itseng; ho leka tatso; ho utloa tatseho ya sejo kapa seno.
Latsoeha (lats-we-ha) /tastefull, tasty/ E nang le tatso; e monate ho ya ka leleme; e
lelemelang ha e jewa.
Latsoisa (lats-wi-sa) /give a taste/ Ketsiso ya ho latsoa: ho utloisa tatso.
Lauma (la-u-ma) /incurse/ Ho futuhela ka bongata ka sepheo sa ho nkela, loantsha
kapa ho hlasela.
Laumela (lau-me-la) /incurse, attack, raid/ Ho futuhela ka bongata ka sepheo sa ho
nkela, loantsha kapa hlasela. Ketsetso ya ho lauma. (bap. futuhela).
Laumeloa (la-u-me-lwa) /incursed/ Boetsuwa ba ho laumela.
Laumetse (la-u-me-tse) /incursed/ Bokgale ba ho laumela.
Laumetsoe (la-u-mets-we) /incursed/ Boetsuwa le bokgale ba ho laumela.
Laya (la-ya) /admonish, counsel, enjoin/ Ho eletsa ka ho bua mantsoe a ahang
bokamoso a tiisang kelello ya motho eo ho qetang ho etsahala ketso e itseng ho yena;
ho fana ka keletso tse thata; ho kgalema ha boima le botio. (bap. eletsa, tayo).
Lawa (la-wa) /admonished, counselled, enjoined/ Boetsuwa ba ho laya: ho eletsa
ka ho bua mantsoe a ahang bokamoso; ho fana ka keletso tse thata; ho kgalengoa ka
boima ka botio. (bap. eletsoa) (mm. laoa. lauwe).
Le (le) /this one/ Lesupa le bontshang lereho kapa lebitso le qalang ka “L”. Lentsoe
le bontshang seo ho buuwang ka sona se le ka bonngweng ebile se le haufinyana.
Le (li) /and/ Lentsoe le kopanyang mabitso, mareho, dipolelo le mantsoe a fetang
bonngwe. Mohl. Ke tsamaya le ntate le mme. Ke batla nama le moroho le sehoapa.
Le (li) /you: in the plural/ Mohl. Le tsamaile le kgotshe haholo. Ebile le kgutla le
lapile. Le entseng maobane lona bana?
Le (le) /preposition: with/ Mohl. Wena le yena lea tsebana. Le tsamaya le yena.
Nna le bona le tsona re batle haholo. Bohle re tla kgutla le yena.
Leakaretsi (le-a-ka-re-tsi) // Lentsoe le sebedisoang joalo ka seemedi se akaretsang
seo ho buuwang ka sona. Seemedi kakaretso se supang botlalo ba seo ho buuwang ka
sona. /bon. Maakaretsi/ Mohl. Bohle, tsohle, ohle, sohle, yohle, jj. (sheb. Seakaretsi
bakeng sa tshebediso).
Leamanyi (le-am-an-yi) /relative pronoun/ Lentsoe le kgethang lebitso ebile le
sebetsa mosebetsi wa lekgethi. /bon. maamanyi/ Mohl. E, Ya, Le, Ba, jj.
258
259
Leamohelo (li-amu-he-law) /face decoration/ Motako kapa metako e etsoang
hodima sefahleho bakeng sa mokgabiso le ntlefatso. /bon. Maamohelo/. (bap. Nyao).
Leano (li-a-naw) /plan, system/ Se etsoang bakeng sa se hlolehileng; kgetho enngwe
e ncha e sebedisoang ho phethahatsa morero o mocha. Tsela e sebedisoang ho
phethahatsa ketso e itseng, ho sa natsoe ho loka kapa ho fosahala hoa yona; mokgoa
o kgethoang ho phethahatsa se batloang. /bon. maano/.
Leano (li-a-naw) /project/ Se tlamehang ho etsoa ka ho phethisoa ka nako e
beiloeng; letsema le leholo leo sepheo la sona eleng ho qeta mosebetsi o itseng ka
nako e behiloeng ke ramosebetsi. /bon. maano/.
Leaparakobo (li-a-pa-ra-ku-bo) /Mosotho/ Motho wa mosotho ha a reneketsoa;
Mosotho ha ho buuwa ka kobo eo e apereng. /bon. maapara-kobo/ (mm. leaparakobo).
Leba (li-ba) /go, run, beat it/ Ho baleha ka ho matha haholo. (bap. tsamaya, matha)
Lebadi (le-ba-di) /defect, blemish, scar/ Letheba le mmeleng kapa sethong seseng
sa mmele; mmala o mmeleng kapa nthong e itseng o sa tshoaneng le omong kapa
emeng. /bon. mabadi/ (bap. sekodi).
Lebadi (leb-a-di) /selective pronoun/ Lentsoe le sebedisoang ho botsa ka ho qolla
hara tse ding, hohong, seseng, emong, enngwe kapa batho babang. Mohl. Mong?
Bang? Ofe? Dife? jj.
Lebaka (le-ba-ka) /a reason, circumstance/ Seo ketsahalo kapa ketso e etsahalang
ka sona; seo kapa hoo ketsahalo e itshetlehileng karabong ya yona.Tem. Lentsoe lena
le ka sebedisoa ntle le ho hokela, “le” qalong ya lona mme ya ba “baka” ntle le ho
sebedisa sehonyetsi. Mohl. Baka laka le a utloahala. Ka baka leo, ke tla tsamaya ke
le mong.
Lebaka (lib-a-ka) /bakery/ Sebaka seo ho bakoang borotho ho sona; moaho oo ho
phehoang le ho etsoa bohobe bo bongata ka sepheo sa ho rekisoa. /bon. mabaka/
Lebala (le-ba-la) /forget/ Ho lahleheloa ke khopolo; ho se natse ho hopola; ho tsoa
mohopolong kapa kelellong.
Lebala (lib-a-la) /ground/ Fatshe moo ho hatoang teng; fatshe mobung moo ho
fieloang teng; sebaka se thata sa mobu sa lapeng kapa moo ho bapalloang teng.
Lebala (//) /stadium/ Moaho o moholo o kampetsoeng moo ho bapalloang teng;
sebaka se nang le bodulo ba batho ba bangata seo ho etsetsoang dipapadi,
ditlhodisano, dikopano tse kgolo le mekete teng. /bon. mabala, mabaleng/.
Lebaleha (le-ba-le-ha) /forgetful/ Ketsahalo ya ho lebala: ho lahleheloa ke khopolo;
ho se natse ho hopola; ho tsoa mohopolong kapa kelellong.
Leballa (le-bal-la) /forgive, reconcile, remit, exornerate/ Ho tshoarela motho ya
fositseng; ho tsoarela melato kapa diphoso; ho se latellisisi bobe ba kgale. Mael. Ho
inela matsoho metsing: ho leballa diphoso kapa mefokolo. (bap. kgutlelana).
Leballo (le-bal-law) // Thupa e tshetshane e sebedisoang mmoho le dikapa ho rulela
ntlo kapa moaho. /bon. maballo/ (bap. tshia, kosene, kapa).
Lebana (le-ba-na) /confront, face/ Ho kopana le kotsi; ho kgahlana le boemo bo
thata; ho ya ho motho ya itseng ka sepheo sa ho bua kapa ho loana le yena.
Lebanta (le-ban-ta) /belt/ Seaparo sa letheka se thusang ho tshoara borikgoe kapa
mose hore o se wele; ntho e thusang seaparo hore se tie thekeng. /bon. Mabanta/.
Lebanta-kgatiso (//) /magnetic tape/ Seka lesela sa thekenoloji seo hangata se
tholoang ho dihlahisoa tsa dikhomputha, se sebedisoang bakeng sa ho fana ka
phatlalatso, palo, dipalopalo, medumo le ditshoantsho. (bap. palopatlo).
Lebanya (le-ban-ya) /direct to/ Ho lebisa sebakeng kapa nthong e itseng; ho isa kapa
ho kgahlanya le. Ho shebisa nqa ya seo mahlo a tshoanelang ho sheba ho sona.
259
260
Lebase (le-ba-se) /boss/ Mmampodi mosebetsing; motho eo eleng yena ya moholo
ka boemo ba mosebetsi. /bon. Mabase/ Tlh. Lentsoe lena, “lebase” le na le modumo
o tshoanang le wa lentsoe la senyesemane, “the boss”. (bap. sebase).
Lebatama (le-ba-ta-ma) /heatwave/ Mofuthu o moholo hofeta tekanyo; boteng ba
mofuthu o moholohadi o utloahalang moyeng. /bon. Mabatama/ (bap. mocheso).
Lebatowa (le-ba-tu-wa) (lebatooa) /region, phase, zone/ Karolo ya sebaka e
fapaneng le enngwe ka bodulo; sebaka seseng sa mokga, sehlopha kapa tsamaiso se
fapaneng le seseng. /bon. mabatowa/ (mm. Lebatooa).
Lebatowa (le-ba-tu-wa) (lebatooa) /constituency, constituent/ Karolo ya sehlopha
sa mokga kapa mokgatlo se phethahatsang tabatabelo ya mokga dikgethong. Karolo
ya sebaka sa naha mmoho le baahi ba sona e emelang takatso e itseng. Karoloana e
eketsang boholo ba sehlopha kapa phethahalo ya sepheo se itseng. /bon. Mabatowa/.
Lebatsa (li-ba-tsa) /make to forget/ Ketsiso ya ho lebala: ho etsa hore motho a
lebale, a se hopole.
Lebejana (le-be-ja-na) /cream, creamy/ Lero la lebese kapa le latsoehang joalo ka
lebese. /bon. mabejana/
Lebejanapoo (le-be-ja-na-po) /ice-cream/ Sejo se boreledi seka lero, se batang, se
entsoeng ka motsoako wa makumane a lebese le metsoako ya dinatefisi. /bon.
mabejana-poo/ (mm. Lebejana-poo).
Lebekere (le-bi-ki-ri) /mug/ Setshelo se senyane se sebedisoang ho tshela seno,
haholo tee, kofi kapa metsi. /bon. mabekere/.
Lebeko (le-be-kaw) /handkerchief/ Se sebedisoang bakeng sa ho phumula mamina
kapa sefahleho nakong ya ho fufuleloa. Thutsoana e sebedisoang bakeng sa ho ntsha
dithimola ka nkong. /bon. Mabeko/ ?? (bap. Sakatuku).
Lebela (li-be-la) /guard, defend, secure, supervise/ Ho shebana le motho kapa ntho
e itseng ka sepheo sa ho e tshireletsa. Ho fana ka tshireletso ka sepheo sa ho
hlokomela; ho fana ka paballo ya ntho e itseng ka ho ba pela yona le ho e loanela
nakong tsa tlhaselo. Tem. Hona le Basotho kapa batho ba ratang ho sothofatsa
lentsoe la senyesemane “guard” ka ho le bitsa “kata” ha Sesotho se na le lentsoe la
sona eleng “lebela”.
Lebele (li-be-le) /sorghum, grain/ Mofuta wa semela se peo e tshetshane, se
tholahalang haholo Afrika Borwa, seo peo ya sona e sebedisoang ho etsa phofo ya
mabele, joala ba setho le dihlahisoa tse ding tse ngata. /bon. Mabele/ Tlh. Hangata
lentsoe lena le sebedisoa le le ka bongateng. (bap. moqophothi).
Lebelebele (li-be-le-be-le) /nanaberry, Rhus dentata/ Mofuta wa semela o
hlahisang tholoana tse jewang, se fumanoang haholo naheng. /bon. mabelebele/.
Lebelete (li-be-le-te) /untamed, ferocious/ Hoa phoofolo: e hlaha, e bohale, e
hlokang setsoalle kapa eo ho leng thata ho e thapisa. Hoa motho: ya hlaha kapa ya
bohale haholo ntle le mabaka a utloahalang, ya hlokang kutloisiso ya ntho tse
tloaelehileng. /bon. mabelete/.
Lebelete (li-be-le-te) /virgin/ Motho e motshehadi ya so tloleloeng; ngoanana ya so
kopaneng le monna kapa motho e motona ka tsa pokano. /bon. mabelete/.
Lebeletsa (li-be-le-tsa) /lay-by, hi-purchase/ Ho reka ka mokitlane; ho reka ka ho
lefa hanyane hanyane; ho reka ka ho se lefe chelete kaofela.
Lebella (li-bel-la) /expect, anticipate/ Ho ba boemong ba ho emela ho fihla hoa
ntho, ketsahalo kapa motho ya itseng. (mm. lebelletse).
Lebelo (li-bi-law) /swiftness, speed/ Motsamao o bontshang ho matha; motsamao o
potlakileng hofeta ho hoanta; ho fofa fatshe. /bon. Mabelo/.
260
261
Lebenkele (li-ben-ke-le) /shop, store/ Moaho o moholo oo ho rekisoang thepa ho
ona; sebaka seo ho rekisoang thepa ho sona. /bon. Mabenkele/.
Lebenyane (li-ben-ya-ni) /jewel, shining utensil/ Ntho e benyang ya kgauta kapa
silifera e roaloang molaleng, letsohong, ditsebeng kapa sethong seseng sa mmele,
joalo ka masale, dibengele, sefaha kapa kgoeetsa. /bon. Mabenyane/.
Lebeola (le-be-u-la) /razor user, barber/ Motho ya sebedisang lehare bakeng sa ho
beola; eo a tlosang moriri ka lehare ho etsa lebero. /bon. mabeola/ (bap.
shoashoaila).
Lebero (li-be-ru) /bald head, cheese kop/ Bosio ba moriri hloohong. Sebaka se
hlokang moriri hloohong ka baka la leqeba. /bon. Mabero/.
Leberoana (le-be-rwa-na) /head injury/ Leqeba le tholahalang hloohong ka mora ho
batoa ka molamu kapa ho lemala. /bon. maberoana/.
Lebese (le-bi-si) /milk/ Seno se sesoeu se tsoang letsoeleng la motho kapa phoofolo
e tshehadi haholo nakong ya ho antsha. /bon. Mabese/.
Lebete (le-be-te) /spleen/ Enngwe ya ditho tsa mmele e fumanoang tlasa pelo, pela
mpa, e sebetsanang le madi ebile e thusa ho tshireletsa mmele ka ho o hloekisa
kgahlanong le maloetse. /bon. Mabete/.
Lebetlela (li-be-tle-la) // Mofuta wa molamu, o thata, o motle wa bokgabane, wa
maemo a hodimo, oo hangata o etsoang ka ho betloa ka mochini kapa seetsoa se
itseng. /bon. Mabetlela/.
Lebewana (le-be-wa-na) /representative, deputy, vice/ Motho ya emelang mokga,
sehlopha, naha kapa moetapele bosiong ba ya emeloang; motho ya emelang naha ya
habo naheng tse ding. /bon. Mabewana/.
Lebidi (le-bi-di) /wheel/ Leoto la sepalangoang; bohato bo sedikadikoe bo etsang
hore sepalangoang kapa ntho e itseng e tsamaye ka ho lokoloha. /bon. Mabidi/
Lebile (le-bi-le) /headed to/ E shebileng nqa e itseng; eo mmele wa yona o shebileng
sebakeng se itseng. Bokgale ba ho leba.
Lebisa (le-bi-sa) /to direct towards/ Ketsiso ya ho leba: ho isa nqa e itseng.
Lebitla (le-bi-tla) /grave/ Mokoti oo mofu a patoang kapa a epeloang teng; sebaka
seo motho ya hlokahetseng kapa ya shoeleng ebile a patoa ho sona; lehae la ba
shoeleng; lehae la mofu. /bon. mabitla/ Mael. Lebitla la kgomo ke molomo: kgomo
ha e shoele ha e epeloe lebitleng, empa e a jewa.
Lebitso (le-bi-tsaw) /noun/ Lentsoe le sebedisoang ho reha kapa ho bitsa ketso efe
kapa efe; thehello ya leetsi lefe kapa lefe; lereho ha le sebedisoa polelong.
Mohl. mareho a maetsi: amana=kamano, babela=pabelo, chabisa=chabiso,
diaha=tieho, emisa=kemiso, fepa=phepo, hauha=khauho, lakatsa=takatso,
mamola=mamolo, nolofatsa=nolofatso, otla=kotlo, phehisa=phehiso, qapa=qapo,
rohaka=thohako, sebetsa=tshebetso, tataisa=tataiso, utloa=kutlo, sheba=chebo,
makatsa=semaka, jj. Mohl. mareho kapa mabitso a semelo: thaba, mokoti, leru, ntlo,
ntja, motho, jj.
Lebitso (//) /name/ Lentsoe le sebedisoang ho bitsa motho, ntho, sebaka kapa
sebopeho. Lereho la ntho efe kapa efe. /bon. Mabitso/ (bap. lereho). Mael. Lebitso
„lebe ke seromo: lebitso le fuwang motho le na le ho hlalosa boemo bo bobe kapa bo
botle ba hae.
Lebitsohokoa (le-bi-tso-hu-kwa) // Kopano kapa kopanyo ya mabitso a mabedi kapa
hofeta moo ho etsa lebitso le leleng; Mohl. Sejamonna, pelompe, ntatemoholo, jj.
Leboa (le-bu-a) (lebowa) /north/ Sebaka se shebaneng le boroa; sebaka se ka
lehlakoreng le letsehadi la bophirima le letona la bochabela. Tlh. Batho ba bang ba
sebedisa “lebowa” bakeng sa “leboa”. (bap. borwa, bophirima, bochabela).
261
262
Lebodi (le-bo-di) /dark grey edible wild rat/ Mofuta wa tadi ya naheng, seka kgoto,
e kgolo, e thokoa bo botsho, e jewang. /bon. mabodi/.
Lebodiqhoa (le-bo-diq-hu-wa) /ice rat/ Mofuta wa tadi e jang dimela; ya dibaka tse
phodileng: e bonahalang haholo nakong tsa Mariha hofeta Lehlabula kapa nakong tsa
mocheso. /bon. Mabodiqhoa/ (mm. leboli-leqhoa).
Leboella (le-bo-el-la) /resevered grazeland/ Sebaka sa naha sa joang ba diphoofolo
tse ruuwang seo diphoofolo di sa dumelloang ho fudisoa hofihlela nako e behiloeng,
e tlang /bon. maboella/ (bap. letobo). Tlh. Hantlentle mantsoe, “leboella” mmoho le
“letobo” a na le meelelo e tshoanang phapang ke peho ya mekolokotoane feela.
Leboha (le-bu-ha) /grateful, thankful/ Ho bontsha ho ananela se fanoang; pontsho
ya teboho kapa kananelo ka ho bua mantsoe a matle; ho busetsa botle ho motho ya
entseng botle.
Lebohela (le-bu-he-la) /grateful, thankful for/ Ketsetso ya ho leboha: ho leboha
bakeng sa; ho bontsha kananelo bakeng sa.
Lebohile (le-bu-hi-le) // Bokgale ba ho leboha.
Lebohisa (le-bu-hi-sa) // Ketsiso ya ho leboha: ho leboha mmoho le; ho leboha
bakeng sa. Mohl. Matlakala o thotse ngoana ngoanana: re a mo lebohisa kannete.
Lebohlollo (le-bo-hlol-law) /mountain drumstick/ Mofuta wa semela se behang
kapa hlahisang dipalesa tse ntle tse bulehang haholo; se mahlaku a boima a
mommeng metsi; se melang haholo naheng pela dithaba le marallana. /bon.
Mabohlollo/. (bap. Theledi).
Lebollo (le-bul-law) /circumcision school/ Ketso ya ho bolotsoa kapa ho bolla e
mabapi le sehlopha sa batho ba mophathong, ba phetang setso ka ho rutoa mekgoa le
moetlo wa Sesotho o akgang koma, boitlhophisetso ba lenyalo, mekgoa wa ho
itshoara le dikamano le batho babang, ebile o le tlasa taolo ya basuwe ba
rupelletsoeng. Polotso ya motho ho ya ka sechaba. /bon. mabollo/ (bap. polotso,
bolotsa, phinu). Tem. Ka moetlo o nepahetseng wa Sesotho, ho ya ngakeng ya
sejoalejoale ka sepheo sa ho tlosa tshuinyo ha e bolele lebollo le phethahatseng.
Lebolotsana (le-bo-lo-tsa-na) /small pumkin, squash/ Mokopu o monyane o sa
tiang; lehoetla la mokopo. /bon. mabolotsane/ (bap. lenyai).
Lebone (le-bo-ne) /the light, lamp/ Sesebedisoa se kgantshang, se etsang hore ho
bonahale moo kganya eleng sio. /bon. mabone/.
Lebonyo (le-bon-yo) /smile/ Setsheho se sa bontsheng meno; ho tsheha ntle le ho
bontsha meno kapa ho ahlama. /bon. mabonyo/ (bap. pososelo, leboso).
Lebopi (le-bu-pi) /preposition/ Lentsoe le bopang polelo ka ho hokela lentsoe
qalong ya lona ho fana ka moelelo o phethahetseng kapa o tletseng. Mohl. Ka mora,
ka molamu, ka boraro, jj.
Lebopo (le-bu-paw) /coast/ Sebaka sa naha se pela lewatle. Moo metsi a lewatle a
fellang teng. /bon. mabopo/ Mohl. Re ne re le lebopong la Thekong ha re tlahopola
Marallaneng. Lebopo la lewatle la naha ya manyesemane le bata haholo.
Leboso (le-baw-saw) /smile/ Setsheho se sa bontsheng meno; ho tsheha ntle le ho
bontsha meno kapa ho ahlama. /bon. maboso/ (bap. pososelo).
Lebota (le-baw-ta) /partition, fence/ Kaho e arolong sebaka; kaho eo bokahare ba
yona eleng seotloana; kaho e potapotileng seotloana. /bon. mabota/ (bap. lerako).
Lebota (le-bawt-a) /baby making marriage/ Lenyalo leo motho e motshehadi a
nyaloang bakeng sa ho etsetsa motho ya senang bana makgabunyane; lenyalo la ho
etsa bana feela ntle le ho ba le molekane. (bap. seantlo, sethepu).
262
263
Lebote (le-bo-te) /ignorance, inability/ Se arolang motho kapa ntho pakeng tsa
bohlale le bowatla; sesupo sa bohlale le bowatla. Mohl. Ho se tsebe ke lebote:
tlhokeho ya tsebo e ka ntsha lewatla kotsi.
Lebotho (le-but-hu) /army, troop, millitary/ Sehlopha sa masole a naha ha a
hlalosoa ka mafapha. Sesole sa ntoa. /bon. mabotho/.
Lebotsa (le-bo-tsa) /interrogative pronoun/ Lentsoe le sebedisoang ho botsa kapa
ho etsa potso; lentsoe le batlang karabo. Mohl. Hokae? Neng? Jwang? Joang?
Lebotsi (le-bo-tsi) /interrogative pronoun/ Lentsoe le sebedisoang ho botsa kapa ho
etsa potso; lentsoe le batlang karabo. /bon. Mabotsi/ Mohl. Eng? Kae? mang? Ana?
Joang? Tlh. Lebotsi le lebotsa ke mantsoe a hlalosang ntho e le nngwe: phapang ke
hore “lebotsa” le sebedisoa Sesothong sa Lesotho ha “lebotsi” le sebedisoa
Sesothong sa Afrika Borwa.
Lebowa (le-bu-wa) /north/ Sebaka se shebaneng le boroa; sebaka se ka lehlakoreng
le letsehadi la bophirima le letona la bochabela. Tlh. Batho ba bang ba sebedisa
“lebowa” bakeng sa “leboa”. (bap. borwa, bophirima, bochabela).
Leburu (le-bu-ru) /boer, afrikanner/ Moahi wa Afrika Borwa e mosoeu, ya
fihlileng Afrika ka mora selemo sa 1652; eo ho fihla hoa batsoadi ba hae eneng e le
ho fapohela Motse Kapa feela ka baka la kotsi ya sekepe seo ba neng ba se kalame.
Motho e mosoeu Afrika, eo naha ya habo ya tlhaho eleng Holland, Europa, eo kajeno
a shebaneng le tsa temo le thuo ya diphoofolo, hape e le moahi wa Afrika Borwa ya
tloaelehileng ntle le temo. /bon. Maburu/.
Lebusa (le-bu-sa) /commander, controller/ Motho ya laolang boemo le motsamao
wa masole; motho ya etellang pele karolo ya sesole. Motho ya laolang boemo bo
itseng. /Bon. mabusa, bolebusa/ Tem. Lebusa ha se motho ya etsang mosebetsi wa
“mmusa, mmusi kapa mmusisi”.
Lebusumane (le-bu-su-ma-ne) /bushman/ Emong wa Baahi ba pele ba Afrika
Borwa, ya phelang mahoatateng le mahaheng, ya phelang ka ho tsoma le dihoete
kapa dimela tse hlaha tsa naha./bon. Mabusumane/ (bap. moroa, mokgothu).
Lebusumane (le-bu-su-ma-ne) /coloured person/ Motsoako wa motho e motsho le
lekgowa; motho wa madi a kopaneng joalo ka Mo-Afrika le lekgowa. Tem.
Hantlentle lebitso lena ha le hlalose motho wa madi a kopaneng, empa ke sothofatso
ya lentsoe “bushman” le ha batho ba bang ba le sebedisa bakeng sa “coloured
person” kapa motho wa madi a kopaneng.
Lechachesi le-cha-che-si) /lump like pimple/ Seso seo ekang lekgopho le
bonahalang haholo ho bokantle ba motho ya kulang kapa ya jeleng kapa noeleng ho
sa tsamaisaneng le mmele kapa madi a hae. /bon. Machachesi/ (bap. lekgopho).
Lechaena (le-cha-ina) /chinese/ Moahi wa China, motho wa bochabela bo hole
naheng ya China. /Bon. Machaena/ (bap. mochaena). Tem. Ka nako enngwe eka
puo ya Sesotho ke puo ya Sechaena haholo ha ho qolloa mantsoe a polelo tse
latelang: hanghang a checha. Chitja a re hohang. Ha o cha o cheche. Chai ya
Chomane. Lai tseke! Eng kapa eng! Hoha weso! Jj.
Lecheko (li-chi-kaw) /excavation, excavator/ Motho ya etsang mokoti; motho eo
mosebetsi wa hae eleng ho cheka kapa ho epa. Mochini o fatang, epang kapa chekang
mokoti; sesebedisoa sa tshepe se sebedisoang bakeng sa ho cheka. /Bon. 0/.
Lechoeya (le-chwe-ya) /diarrhoea/ Lesepa kapa masepa a metsi haholo le bakoang
ke bokudi kapa ho sebedisa moriana wa mala wa ho hloekisa. Lesepa le itsoelang
feela ntle le taolo. /bon. Machoeya/ (bap. letshollo).
263
264
Lecha (li-cha) /new/ Boemo ba ntho, haholo eo lebitso la yona le qalang ka tlhaku
“L”, bo nchafetseng kapa bo nang le phetoho e sa tshoaneng le ya kgale. Mohl. Ke
batla lesale le lecha, eseng la kgale.
Lechato (le-cha-taw) /wedding ceremony/ Mokete wa lenyalo; mosebetsi wa ho
nyadisa. Tlh. Lentsoe lena ha se la Sesotho le ha ho na le Basotho ba le sebedisang.
Lentsoe le nepahetseng ke lenyalo. /bon. 0/ (bap. lenyalo). (mm. Letjhato).
Lechoba (le-chaw-ba) /tail ornament/ Mohatla, kapa seka mohatla, o nang le boditsi
bo ponngoeng mohatleng wa pere, kgomo kapa phoofolo e itseng ha o le letsohong la
ngaka kapa motho bakeng sa ho o sebedisetsa bokgabane kapa ho foka. /bon.
machoba/ (bap. lengetse, lenyetse, boditsi). (mm. Letjhoba).
Lecholocholo (le-chaw-law-chaw-law) /gossip, slander, backbiter/ Motho ya
hlokang nnete ka ho bua leshano ka motho emong bosiong ba hae; motho ya
tloaetseng ho seba. Maratahelele. /bon. macholocholo/.
Lechuchutha (le-chu-chut-ha) /khaki bush, tagates minuta/ Mofuta wa semela se
melang haholo naheng pela dithaba se sebedisoang haholo bakeng sa dibeso; se
homelang ka peo ya sona. /bon. Machuchutha/. (mm. Letjhutjhutha).
Lediboho (le-di-baw-haw) /border gate/ Sebaka sa moedi wa naha moo batho ba
lefatshe leleng ba tshelang teng ho etela naha enngwe. /bon. madiboho/ (bap. moedi)
Ledimo (le-di-mu) /cannibal, man eater/ Motho ya jang batho; motho ya sa
tloaelehang ya bolayang batho bakeng sa ho ba etsa dijo; seja-motho. /bon. madimo/
Ledingoana (le-di-ng-wa-na) /baby cannibal/ Ledimo le lenyane; ngoana ledimo.
Ledingoana (le-di-ngwa-na) /initiates night song/ Pina ya lebollong e binoang bosiu
ke makoloane kapa ditsoejane; pina ya mophatong ya batho ba lebollong; pina ya
polotso. /bon. Madingoane/ (mm. Lelingoane, malingoaneng).
Ledinyane (le-din-ya-ni) /puppy/ Ngoana ntja; ntjanyana kapa ntja e nyane. Ngoana
phoofolo; phoofotsoana e sa tsoa tsoaloa ya ntja. /bon. madinyane. (mm. lelinyane).
Mael. Ho bona tosa le madinyane a yona: ho makatsa motho ka ho etsa diketso,
haholo tsa ntoa, tse sa lebelloang.
LEDINYANE
Ledumela (le-du-me-la) /sinkhole/ Mokoti o moholo o bakoang ke ho heleha wa
mobu kapa majoe fatshe ka lebaka la metsi kapa tshitshinyeho ya tlhaho. Sekgetshe
se seholo se bakoang ke mongobo kapa lesoe le leholo fatshe mobung kapa majoeng
a fathse. /bon. madumela/.
Leeba (le-i-ba) /dove/ Mofuta wa nonyana e thokoa, e bonahalang haholo dibakeng
tsa mahae kapa pela dibaka tse nang le batho; e masiba a mmala o mothokoa kapa
pudutsoana o kopantseng le o mokgunong. /bon. maeba/ (bap. Kgoroana).
Leebakgoroana (//) (leebanakgoroana) /Cape Turtle-Dove/ Mofuta wa nonyana ya
leloko la letsibana mmoho le kgoroana, e hlooho e nyane, le setona sa masiba a
motsu haholo, eo hangata e tholahalang naheng ebile e ka ruuwa ke motho. /bon.
maebakgoroana/. (bap. Lekunkuroana) (mm. leebanakhoroana).
Leebamosu (le-iba-mo-su) /Red-eyed Dove/ Mofuta wa nonyana ya lelapa la leeba
kapa seka leeba. /bon. maebanamosu/.
264
265
Leebana (le-i-ba-na) /baby dove, female dove/ Leeba le lenyane: tsuonyana ya
leeba kapa leeba le letshehadi, le behelang. /bon. maebana/.
Leeketsi (le-eke-tsi) // Lentsoe le sebedisoang bakeng sa ho eketsa hohong
moelelong wa seboledi e le ho supa sebaka, mokgoa kapa nako; hape, le eketsa
hohong moelelong wa sephafi kapa leeketsi leleng ho supa mokgoa. /bon. Maeketsi/.
Leeme (li-e-me) /partiallity, bias, favouritism, prejudice/ Boemo bo bontshang
kgethollo ya ketsahalo; mokgoa wa ho etsa dintho ka ho sheba boemo, mmala, kapa
kamano le motho. Ho etsa dintho ka kgethollo le maikutlo a fosahatseng.
Leemedi (le-e-me-di) /pronoun/ Lentsoe le emelang motho; lentsoe le sebedisoang
bakeng sa motho. Mohl. Yona, yena, tsona, bona, rona, jj. (bap. seemedi). Tem.
“seemedi” le “leemedi” ke mantsoe a bolelang ntho e le nngwe.
Leemeditshupi (//) /demonstrative pronoun/ Lentsoe le sebedisoang bakeng sa ho
supa motho kapa lebitso la ntho. Mohl. Tseo, yena, bona, bonono, jj.
Leemediqho (li-e-me-di-qho) /absolute pronoun/ Lentsoe le sebedisoang ho emela
lebitso joalo ka: yena, bona, yona, tsona, hona, jj. /bon. maemediqho/.
Leeto (li-e-taw) /journey/ Ketso ya ho eta: ho ya sebakeng se itseng; ho tloha
sebakeng seseng ho ya ho seseng ka sepheo sa ho eta kapa ho chaka. /bon. Maeto/.
Leetsane (le-etsa-ne) (leetsani) /reciprocal verb/ Ketso kapa leetsi le bontshang hore
se etsahalang se pakeng sa moetsi le moetsuwa. Pontsho kapa sesupo sa hore moetsi
o etsa ketso ho moetsuwa, mme moetsuwa le ena o e etsa ho moetsi. Mohl. Hatana,
chakelana, otlana, shebana, utloana, ngangisana, mathisana, jj. (bap. ketsetsano).
Leetsetsi (le-e-tse-tsi) // Ketso kapa leetsi le bontshang hore moetsi wa ketso o etsa
se itseng ho moetsuwa. Ketso e bontshang hore motho o thusa e mong ka ho mo
etsetsa ntho e itseng. Mohl. hatela, chakisa, otlela, shebela, utloisa, nepisa jj. (bap.
ketsetso).
Leetsi (le-e-tsi) /verb/ Lentsoe le etsang ketso. /bon. Maetsi/ Tem. Ho na le phapang
e kgolo pakeng tsa mantsoe, “leeketsi”, “leetsi”, “leetsuwa” le “leiketsi”. Tem. Ka
puo ya Sesotho, mefuta ya maetsi e mengata ka tsela e makatsang. Mohl. Leetsane
kapa ketsetsano, leetsisi kapa ketsetso, leetsisi kapa ketsiso, leetsoa kapa boetsuwa,
leetsolli kapa ketsollo, leetsuwa, ketsisiso, leiketsi, ketsahalo le phethako.
Leetsisa (li-e-tsi-sa) /exclamation word/ Lentsoe le sebedisoang joalo ka lekgotsa
ho bontsha modumo wa se etsahalang. Mohl. Qapu! laitseke! Thoa! Jj.
Leetsisi (li-e-tsi-si) /causative verb/ Ketso e bontshang hore moetsi o baka hore ntho
e etsahale ho motho kapa ntho e itseng. Ketso ya ho etsisa kapa ho baka hore motho
kapa ntho e etse ketso e itseng. Pako ya ketso kapa ketsahalo. Mohl. Hatisa, chakisa,
otlisa, shebisa, utloela, nepela, tlontlolla, jj. /bon. maetsisi/ (bap. ketsiso).
Leetsoa (li-ets-wa) /passive verb/ (sheb. Boetsuwa bakeng sa tshebediso).
Leetsolli (le-e-tsul-li) /undo verb, opposite verb/ Ketso kapa leetsi le bontshang
hore boemo ba ketsahalo e itseng bo a fetoloa hore bo fapane le ba pele. Ketso ya ho
etsolla se entsoeng kapa se etsahalang. Mohl. Hata=hatoha, haka=hakolla,
koba=kobolla, jj. (bap. ketsollo).
Leetsuwa (le-ets-uwa) // Leetsi le bontshang hore ketso kapa ketsahalo e hlahela
moetsuwa kapa mmuuwa; leetsi le sebedisang tlhaku “M” joalo ka sehlongoapele ho
qala lentsoe le ho bontsha hore se etsahalang se etsoa kapa se etsahala ho motho;
leetsi le supang se etsahalang ho mmuuwa. Tem. Lentsoe “boetsuwa” le “leetsuwa” a
fapana ka se hokeloang qalong le qetellong ya leetsi: boetsuwa bo qetella ka “oa”
kapa “wa” ha leetsuwa le qala ka “M kapa N”. Mohl. Boetsuwa: mathisa=mathisoa,
nanarela= nanareloa, nahana=nahanoa, otla=otloa, fepa=fepjoa, olla=olloa, jj.
265
266
Leetsuwa: mathisa=mmathisa, nanarela=nnanarela, nahana=nnahana, otla=nkotla,
fepa=mphepa, olla=nkolla, qobella=nqobella, jj.
Lefa (le-fa) /pay/ Ho fana ka chelete kapa ntho e itseng bakeng sa ntho e nkuweng;
ho fa moetsi seo eleng sa hae bakeng sa lebaka le itseng. (bap. patala).
Lefa (li-fa) /inheritance, patrimony, bequest/ Thepa, leruo kapa letlotlo le tholoang
ka boemo ba ho ba mojalefa; letlotlo leo motho a le fuwang ka baka la boemo ba hae;
se fuwang motho ntle le ho se sebeletsa. /bon. Mafa/ (bap. mojalefa). Mael. Sethoto
ke lefa la ba bohlale: motho ya hlokang bohlale o nkeloa leruo kapa tse ntle tseo a
nang le tsona ke ba hlalefileng.
Lefafatsane (le-fa-fa-tsa-ni) /drizzle/ Pula e nang hanyane; pula e fafatsang ntle le
ho kolobisa haholo. /bon. Mafafatsane/.
Lefahla (le-fa-hla) /twin/ Motho ya tshoanang le emong ebile a hlahile ka nako e le
nngwe le yena. Ngoanabo motho ya tshoanang le yena ka tshobotsi kapa seemo ebile
ba hlahile ka tsatsi leleleng. /bon. Mafahla/ (bap. lepatoe).
Lefaloa (le-fa-lwa) (lefalwa) /Goose, shelduck/ Mofuta wa nonyana ya lelapa la
letata, e mokobolo o mokgubetsoana, masiba a molala le hlooho a masootho, masiba
a mmele a masweu le mapheo a masootho kapa kgubedu kapa kgunong; le phelang
metsing le naheng ka nako tse ding; le phelang ka diphoofotsoana tsa metsing le
dimela. /bon. mafaloa/.
LEFALOA (LEFALWA)
Lefapha (le-fap-ha) /department, chamber/ Karolo ya tsamaiso ya mmuso, mokga,
mocha kapa sehlopha se sa tshoaneng le tseding ka mosebetsi kapa tshebetso. /bon.
mafapha/.
Lefatla (le-fa-tla) /bold head/ Bosio ba moriri hloohong; hlooho e hlokang moriri;
lekuroana kapa lebero la tlhaho. /bon. mafatla/ (bap. leberoana, lebero, lekuroana).
Lefatsa (le-fa-tsa) /wood/ Thupa ya sefate e kgolo e boemong ba ho besoa kapa ho
chesoa bakeng sa ho besa mollo. Karolo ya patsi kapa sefate e ka betloang ho etsa
sehlahisoa se secha. /bon. mafatsa/ (bap. patsi, phatsa).
Lefatshe (le-fats-he) /world, earth/ Sebaka seo bophelo boleng ho sona ka ponahalo
ya batho, dimela, mawatle, dinoka, dithaba, maru le tsohle tse bonoang ke mahlo ka
bophara. /bon. Mafatshe/ (bap. naha).
Lefatshe (//) /planet/ Sebaka seo ho duloang ho sona ha se hlalosoa ho latela ho
potapotao ke dinaledi, kgoedi, mahodimo kapa sepakapaka. /bon. mafatshe/.
Lefaufau (le-fa-u-fa-u) /firmament/ Sebaka se hodimo moyeng; hodimo moo ho se
nang letho le phelang. /bon. mafaufau/ (bap. sepakapaka, lehodimo).
Lefe (le-fe) /which one/ Lebotsa le batlang ho tseba ntho ka ho e qolla hara tse ding.
Lefeela (le-fe-ela) /vanity, nothing/ E sa thuseng ka letho; e hlokang mosola; e sa
bontsheng thuso ho motho kapa ntho efe kapa efe. /bon. Mafeela, mafela/.
Lefehlo (li-fe-hlaw) /mixture stick, whisk/ Thupa e sebedisoang ho kopanya
motsoako; thupa e sebedisoang bakeng sa ho fehla. /bon. Mafehlo/.
Lefehlo (//) // Mokete wa mathuela kapa bakoma; lelomolo le entsoang ke dingaka
tsa setho tse laolang. /bon. mafehlo/.
266
267
Lefela (li-fe-la) /vanity, vainess; uselesness/ Boemo bo sa thuseng ka letho; boemo
ba ketsahalo e hlokang mosola. Tlh. Tlhaloso ya mantsoe, “lefeela” le “lefela” e
bolela ntho e le nngwe leha lentsoe le nepahetseng haholo e le “lefeela”.
Lefella (le-fel-la) /desert/ Sebaka sa lehlabathe le lengata, mocheso le komello, moo
pula e hlokahalang. Naha thote e batang bosiu mme e chesa motshehare. Thota e
fokolloang ke bophelo ka baka la komello le tlhokeho ya dimela tse tloaelehileng.
Lefella (//) /reimburse, remit, remunerate for/ Ho fana ka chelete bakeng sa motho
ya e hlokang kapa ya lahlehetsoeng ke yona ka baka la boemo bo itseng.
Lefelletse (le-fel-le-tse) /paid for/ Bokgale ba ho lefella.
Lefelletsoe (le-fel-lets-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho lefella.
Lefelloa (le-fel-lwa) // Boetsuwa ba ho lefella.
Lefeng (le-fe-ng) /which one/ Lebotsa le batlang ho tseba ntho ka ho e qolla hara tse
ding tse ngata ka ho toboketsa. /bon. mafeng/ (bap. Lefe).
Lefetoa (le-fe-twa) (lefetwa) /spinster/ Motho e motshehadi ya so nyaloeng;
ngoanana ya fitiloeng ke nako ya lenyalo. Moroetsana ya hlokang lenyalo. /bon.
mafetoa/ (bap. Lephura-kgoahla) Tem. Phapang mahareng a “lefetoa” le
“mofumahatsana” ke hore: ka Sesotho lefetoa ke motho e motshehadi ya boemong bo
fetioleng ke hore a ka nyaloa le ha monyetla o monyane o ntse o le teng;
mofumahatsana ke tsela (title) eo motho e motshehadi a so nyaloeng semmuso a
bitsoang ka yona.
Lefetodi (le-fe-to-di) /opposite/ Lentsoe le bontshang phapang ho leleng; lentsoe,
lereho kapa lebitso le hanyetsanang le leleng; lentsoe kapa lebitso le kgahlanong le
leleng. /bon. Mafetodi/ Mohl. Hodimo=tlase, hole= haufi, kgutshoane= telele, jj).
Lefielo (le-fi-el-aw) /broom/ Sesebedisoa sa mahlokoana a joang se sebedisoang ho
phutha, ho sututsa le ho olla matlakala kapa dithole. /bon. mafielo/.
Lefifi (le-fi-fi) /darkness/ Tlhokeho ya kganya; botsho bo bakoang ke bosio ba
kganya ya letsatsi kapa lebone. Boemo bo hlokang kganya. /bon. mafifi/.
Lefika (le-fi-ka) /rock, boulder/ Lejoe le leholo haholo ka sebopeho sa bolelele ba
ho ya hodimo le ho pharalla; lejoe la selomo, thaba kapa lehaha le boima ka baka la
boholo ba lona. /bon. mafika/ (bap. Letlapa).
Lefile (le-fi-le) /paid/ Bokgale ba ho lefa.
Lefiloe (le-fi-lwe) /paid/ Boetsuwa ba ho lefa. (bap. lefshoa).
Lefiritshoana (le-fi-rits-hwa-na) /spotted hyena/ Mofuta wa phoofolo ya naheng e
hlaha, ya lelapa la phiri e nang le maroborobo mmeleng. /bon. mafiritshoana/
Lefisa (le-fi-sa) /penalise/ Ho ahlola ka ho batla tefo; ho ahlola ka ho batla chelete;
ketsiso ya ho lefa.
Lefisa (//) // (sheb. Mafisa bakeng sa tshebediso).
Lefito (le-fi-taw) /knot/ Tlamo e menahaneng ya kgoele kapa thapo: ho bofa kapa ho
tlama ka tsela e thata bakeng sa ho tlamolla. /bon. mafito/ (bap. lemeno).
Lefitori (le-fi-to-ri) /victoria‟s blanket, victor‟s blanket/ Kobo ya Basotho ya
boleng bo hodimo ya mafumahadi le marena; kobo ya boreneng e aparoang ke
marena, mafumahadi, dikgosana le dikgosatsana. /bon. mafitori/ (bap. seanamarena)
Lefshoa (lef-jwa, lef-shwa) (lefshwa) /paid/ Boetsuwa ba ho lefa. (mm. Lefiloe).
Lefoforetsane (le-fu-fu-re-tsa-ne) /residue, leftover, remnant/ Lesalla le lenyane la
sejo le setseng ha ho jewa dijo; bohashana bo setseng ba sejo ha ho qetoa ho jewa; se
setseng nakong ya dijo. /bon. mafoforetsane/ (bap. lesalla).
Lefokolodi (le-fo-ko-lo-di) /millipede/ Mofuta wa kokoanyana, seka sehahabi, e
ntsho kapa kgunoana ka mmala, e maoto a mangata. /bon. mafokolodi/ (bap.
thithiboya).
267
268
Lefokisi (le-fo-ki-si) /detective/ Motho ya etsang dipatlisiso tse amanang le
ketsahalo ya bokebekoa, boshodu, manyofonyofo, tlatlapo kapa polao. Leponesa leo
mosebetsi wa lona eleng ho batlana le sesosa sa tlolo ya molao kgahlanong le motho
ya itseng ka ho etsa dipatlisiso. /bon. mafokisi/ (bap. letseka).
Lefokotsane (le-fo-ko-tsa-ne) /Cliff-Swallow, Pearl-breasted Swallow/ Mofuta wa
nonyana, seka mmankabelane, e nyane, e fofang ka potlako, e bonahalang nakong tsa
dipula. Nonyana eo ho dumeloang hore boteng ba yona ke sesupo sa pula. /bon.
mafokotsane/. Tem. Nonyana ena e na le mefuta e fetang bonngwe.
Lefohla (le-fu-hla) /virgin cow/ Kgomo ya mohatelo e so tloleloeng; kgomo e song
hoeeloeng. /bon. Mafohla/.
Lefome (le-fu-me) /rust, oxidation, corrossion/ Ponahalo e kgunong e aparelang
tshepe kapa seetsoa sa tshepe se bontshang ho bola, ho senyeha kapa ho tlhotlhoreha
hoa tshepe; sebolo sa tshepe. /bon. mafome/ (bap Ruso) Tem. Batho ba bangata ba
sebedisa lentsoe lena “lefome” le le ka bongateng “mafome” le ha le na le bonngoe.
Lefoqo (le-fo-qo) /daytime hide blanket/ Kobo ya letlalo la kgomo le mennoeng
habedi eo hangata e aparoang motshehare. /bon. Mafoqo/ (bap. Setipana, letata).
Lefotha (le-fut-ha) /odour, smell, scent/ Monko o monate kapa o mobe ha o
hlalosoa ho ya ka kutlo ya nko ha e tolokeloa ke boko. /bon. mafotha/ (bap.
lephoka). Mael. Ho nkga lefotha: ho ba mmelaelloa.
Lefu (le-fu) /death, decease, dying/ Phelo ya bophelo nameng; ho tsoa hoa moya
mmeleng kapa nameng; tlhokeho kapa phello ya bophelo. Boemo ba ho shoa kapa ho
bolawa; boemo ba ho hlokahala. /bon. mafu/ Mael. Moputso wa sebe ke lefu: tlolo ya
molao e baka timelo kapa ho shoa. Mael. Lefu leholo ke ditsheho: Se bohloko haholo
se sa tlamehang ho tshehoa se na le ho tshehisa. Mael. Lefu le qoleng ya kobo: motho
a ka shoa neng kapa neng ho sa lebelloa. Mael. Lefu ke ngoetsi ya malapa ohle: ho
shoa ho etsahala ho mang le mang; ho hlokahala kapa ho shoa ho etsahala ho bohle.
Lefu (//) /disease, ailment, illness, infection, sickness, affliction/ Bohloko bo
bakoang ke bokudi; boloetse bo bakoang ke temalo ya mmele kapa setho seseng sa
ona; boikutlo bo fokolang ba mmele kapa kelello.
Lefuba (le-fu-ba) /tubercolosis/ Bokudi bo bakoang ke kokoanahloko e tsamayang
moyeng, e hlaselang matshoafo, e etse hore motho a kgohlele haholo, a ntshe
dikgohlela, a be le mocheso kapa mohatsela o moholo, a fufuleloe bosiu, mme a
qetella a fokotse haholo hofihlela a shoa ha a sa thole pheko. /bon. mafuba/ (bap.
sefuba).
Lefufa (le-fu-fa) /jealousy, envy, resentment/ Boemo ba ho hloya motho ka baka la
seo anang le tsona kapa sona; lehloyo le lebisoang ho motho ya ratang kapa ya
ferehang molekane wa emong. /bon. mafufa/ (bap. Mona, poulelo).
Lefufuro (le-fu-fu-raw) /cartilage/ Seka lesapo se tholahalang manoanyetsong a
mmele kapa dithong tse ding tsa mmele, se bonojana hofeta lesapo. Karolo ya setho
sa mmele e tshoanang le lesapo empa yona e le bonolo. /bon. Mafufuro/. (bap.
leshoetla, lesatjoana).
Lefuleholo (le-fu-le-hu-lu) /funny pain/ Boemo bo bonahalang bo le bohloko empa
bo baka setsheho. Mael. Lefu leholo ke ditsheho: se bohloko se na le ho tshehisa;
bohloko ba motho emong bo na le ho tshehisa babang kapa emong. /bon. 0/
Lefuma (le-fu-ma) /beggery, destitution, indigence/ Boemo ba ho kopa ka baka la
tlhopheho; ketso ya ho ba mokopakopa ka baka la tshotleho. (bap. bofuma).
Lefupu (le-fu-pu) /bundle of vegetable/ Karoloana ya moroho o boemong ba ho
habeloa ebe o wa phehoa; seshobana se ka letsohong sa moroho o boemong ba ho
phehoa ebile o ka habeleha. /bon. Mafupu/.
268
269
Lefuputsoana (le-fu-puts-wa-na) /milligram/ Motso wa boima o monyane haholo o
lekanang le dikgato tse sekete (1000) tsa boima. /bon. Mafuputsoana/ (bap. sempha,
semphanyana) (mm. Lefuputswana).
Lefura (le-fu-ra) /fat, oil/ Enngwe ya maro a mmele kapa ntho e itseng, a bakang
botenya, a qhibidihang ha a fumana mofuthu kapa mocheso. /bon. mafura/.
Lefura (le-fu-ra) /accelarator/ Sesebedisoa sa sepalangoang se sebedisoang ho
eketsa lebelo ha le pepetoa kapa le hatoa ka leoto. /bon. mafura/ Mael. Ho hata
mafura: ho etsa koloi e tsamaye ka ho potlaka.
Lefutso (le-fu-tsaw) /birth right, heritage, patrimony/ Ketso ya ho futsa: tshoano
ka diketso, tshobotsi, sebopeho kapa mokgoa ka lebaka la kamano ya madi.
Lefuwa (le-fu-wa) (lefuoa) /paid/ Boetsuwa ba ho lefa.
Lefuwe (le-fu-we) (lefuoe) /paid/ Bokgale le boetsuwa ba ho lefa.
Leha (le-ha) /although, even if, even though/ Lentsoe le sebedisoang ho kopanya
dipolelo ka ho bontsha se latelang ka mora se boletsoeng. Mohl. Ke tla tsamaya leha
ho ka thoe ke sale. Re tlamehile ho sebetsa leha ho chesa haholo.
Lehae (le-ha-e) /residence, dwelling, habitation/ Sebaka seo ho dulang motho kapa
phoofolo teng; ntlo ya phoofolo kapa motho. (bap. heso, habo).
Lehae (le-ha-e) /rural/ Ya motseng: moo ho nang le masimo, diruuwa, temo le
bophelo bo iketlileng bo hlokang marangrang. Naha kapa sebaka sa bolemi le thuo ya
diphoofolo e hlokang marangrang a fumanoang metseng ya ditoropo; karolo ya
lefatshe e kgolo, eo ho lengoang masimo le ho jala dijalo ho yona mmoho le thuo ya
diruuwa. /bon. mahae/ (bap. polasi, lesehae, ntoahae, haeso, haeno, hahabo, heno).
Lehaelli (le-ha-el-li) // ?? Mohl. Tle.
Lehaeng (le-ha-eng) /rural erea/ Ya motseng: moo ho nang le morena, masimo,
diruuwa, temo le bophelo bo iketlileng bo hlokang marangrang le meaho ya
ditoropong kapa mabalane. /bon. mahaeng/ (bap. mabalane).
Lehadima (le-ha-di-ma) /lightning/ Boemo ba lehodimo bo fupereng pula ka ho
bontsha kganya ya letsolo; diabenya kapa kganya ya maru le modumo wa teng
nakong tsa pula e hlaha. /bon. Mahadima/ (bap. letsolo, letolo).
Lehafi (le-ha-fi) /armpit/ Bokahare ba qalo ya letsoho; mokoti wa sebaka seo
sephaka se qalang teng; bokatlase ba lehetla pela sefuba. /bon. Mahaha/. Mael. Ho
nkgisetsana mahafi: ho loantshana.
Lehaha (le-ha-ha) /cave/ Lefika le nang le mokoti o moholo, seka lehae kapa ntlo;
sekoti se thabeng kapa lejoeng le leholo; lepatso leo ekabang lehae. /bon. Mahaha/
Lehakoana (le-ha-kwa-na) /precious stone/ Lejoe le nang le boleng; lejoe le letle
leo ho ka etsoang kgoebo ka lona. /bon. Mahakoana/.
Lehakoe (le-ha-kwe) /ignitious rock/ Mofuta wa lejoe le thata le phatsimang, la
boemo bo hodimo ka thekiso, le nang le boleng. /bon mahakoe/ (mm. Lehakwe)
Lehakoe (//) /beautiful woman/ Motho e motshehadi ya motle haholo; mosetsana ya
motle ba lejoe leo. /bon. mahakoe/ (bap. koete). Mohl. Mosetsana enoa ke lehakoe
la pelo yaka.
Lehala (le-ha-la) /talkative/ E buang haholo; ya buang haholo; ya ditaba tse ngata.
Lehalahala (le-ha-la-ha-la) /talkative person/ Motho ya buang haholo a sa kgaotse;
motho wa dipuo tse hanang ho fela. /bon. mahalahala/ (bap. lehehle).
Lehalanyane (le-ha-lan-ya-ne) /African Sacred Ibis/ Mofuta wa nonyana ya lelapa
la mokgotlo. /bon. mahalanyane/. (bap. leholotsoane). Tem. Nonyana ena e na le
mefuta e mengata.
269
270
LEHALANYANE
Lehalapa (le-ha-la-pa) /palate/ Bokahodimo ba lehano ka hodima leleme, bo thata,
bo bofubetsoana ka mmala. /bon. Mahalapa/ (bap. Lehanana).
Lehana (le-ha-na) /opposite/ Lentsoe le hanyetsanang le leleng: Lentsoe le
bontshang phapang ho leleng; lentsoe, lereho kapa lebitso le hanyetsanang le leleng;
lentsoe kapa lebitso le kgahlanong le leleng. Mohl. Hodimo=tlase, hole= haufi,
kgutshoane= telele, jj. /bon. mahana/ (bap. lelatodi).
Lehana (le-ha-na) /rebel/ Motho ya fetohelang mokga, sehlopha kapa naha ya habo,
a tshehetse ba direng. /bon. mahana, bolehana/ (bap. mongalo, lerabele, lehlabaphio).
Lehanana (le-ha-na-na) /nasal/ Bokahare ba nko bo bakang puo kapa modumo o
tebileng. /bon. mahanana/ (bap. lehalapa).
Lehano (le-ha-nu) /digestive system/ Sebaka seo sejo se tsamayang teng ho tloha
molomong, hara mala le ho isa sebonong kapa mosimeng. (bap. molomo).
Lehano (le-ha-no) /mouth inside/ Karolo kapa setho sa mmele se akgang bokahare
ba molomo mmoho le meno, marenene, lehalapa le leleme. /bon. Mahano/. Tem. Ha
ho buuwa ka “lehano” ha ho hlalosoe “molomo”, empa bokahare ba ona.
Lehanyatsa (le-han-ya-tsa) /tender corn/ Poone e bonolo e so fihleng boemong ba
ho butsoa; qalo ya popeho ya seqo sa poone se so bontsheng ho butsoa kapa botlalo
ba peo. /bon. Mahanyatsa/.
Lehanyetsi (le-han-ye-tsi) /opposite/ Lentsoe le bontshang phapang ho leleng;
lentsoe, lereho kapa lebitso le hanyetsanang le leleng; lentsoe kapa lebitso le
kgahlanong le leleng. /bon. Mahanyetsi/ Mohl. Hodimo=tlase, hole=haufi,
kgutshoane= telele, jj.) (bap. Lefetodi, lehana).
Lehapu (le-ha-pu) /watermelon/ Mofuta wa semela sa tjoto e kgolo, se sefubetsoana
kahare, se nang le lero le lengata. /bon. Mahapu/ (bap. tjoto).
Lehaqasi (le-ha-qa-si) /African Black Swift/ Mofuta wa nonyana e fumanehang
haholo dibakeng tsa dinoka, diphulana kapa dikoeetsa ebile e phela ka
diphoofotsoana tsa dibakeng tseo. /bon. Mahaqasi/. Tem. Nonyana ena e na le
mefuta e mengata.
Leharasoa (le-ha-ra-swa) /ragamuffin, fail-pop/ Motho wa boemo bo tlase, ya
aparang diaparo tse tshila, tse tabohileng ka baka la tlhopeho. /bon. Maharoasoa/
Leharasoana (le-ha-ra-swa-na) /tatterdemalion, guttersnipe/ Ngoana wa boemo bo
tlase, ya aparang diaparo tse tshila, tse tabohileng ka baka la tlhopeho le tshotleho;
ngoana ya hlophehileng haholo, ya hlokang diaparo. /bon. maharasoana/.
Lehare (le-ha-re) /razor/ Sesebedisoa se ntlha e sesesane se beolang moriri wa
hlooho kapa bohoete ba mmele. /bon. Mahare/ (bap. seshoashoaila).
Lehare (le-ha-ri) /symmetry, midpoint, nucleus/ Se arolang sedikadikoe ka ho
lekana; sebaka se hare ho ntho e chitja kapa e sedikadikoe; bohare ba ntho efe kapa
efe; qalo ya ntho e phelang e bohareng. /bon. Mahareng/.
Lehata (le-ha-ta) /skull/ Lesapo la hlooho la motho kapa phoofolo. /bon. mahata/.
Lehata (//) /liar, fabricator, perjurer/ Motho ya hlokang nnete; motho ya
fetohelang leshanong eo qalong aneng a tshepisitse ho bua nnete. /bon. Mahata/.
270
271
Lehata (li-ha-ta) /calvary, golgotha/ Sebaka kapa thota ya masapo a hlooho, haholo
a batho, seo Morena Jesu a thakgisitsoeng teng. Ho ya ka buka ya bibele ya Luka
(23:33 mmoho le Mattheu 27:33): moo Morena Jesu a thakgisitsoeng teng. (bap.
Golgotha).
Lehata-mmoho (le-ha-tam-maw-haw) /congressman/ Motho ya welang mokgatlong
kapa mokgeng wa batho ba tsamaisanang ka sepheo sa tumelo e le nngwe ya
dipolotiki kapa tloaelo e tshoanang. /bon. Mahata-mmoho/.
Lehatlelo (le-ha-tle-law) /menstruation, menstrual/ Boemo ba motho e motshehadi
bo qalang dilemong tse tlase tsa bongoanana, bo etsahalang kgoedi le kgoedi ka ho
dutla hoa madi ka setho sa botshehadi, eleng sesupo sa ho thubeha hoa lehe la pelehi
kapa sesupo sa ho ka ima. Ho ya kgoeding ke mosadi. /bon. mahatlelo/ (bap.
selomi). (mm. selumi).
Lehe (li-hi) /egg/ Kgaketla eo bokahare ba yona bo nang le bophelo ya nonyana kapa
kgoho eo ha e fuwangoa e fanang ka tsuonyana kapa ledinyane la nonyana. /bon.
Mahe/. Mohl. Kgoho e kakatletsang lehe ke la yona.
Lehehemu (le-he-he-mu) /hoopoe, Grey Crowned Crane/ Mofuta wa nonyana e
nang le masiba a mokgabiso a hlooho a matle, seka sekola, e tholahalang bakeng tse
ngata tsa lefatshe, e dulang haholo naheng. /bon. mahehemu/ (sheb. Dinonyana,
nonyana).
Lehehle (li-he-hle) /orator/ Motho wa dipuo tse hohelang, tse etsang hore
momamedi a latele se buuwang; motho ya nang le tsebo ya ho bua. /bon. mahehle/.
Lehehlehehle (li-he-hle-he-hle) /talkative person/ Motho ya buang haholo ka
bokgabane ba ho batla ho mameloa. /bon. mahehlehehle/. (bap. lehalahala).
Lehele (le-he-le) /Long-tailed Widowbird/ Mofuta wa nonyana e setono se
selelelehadi, e fumanoang haholo dibakeng tse bulehilng tsa joang ba dithota; e
behelang meferong kapa joang bo bolelele; e phelang haholo ka peo ya dimela le
mefuta ya dikokonyana. /bon. mahele/. (bap. molepe, lepau, tjobolo).
Lehelehele (li-he-le-he-le) /liar/ Motho wa dipuo tse hlokang nnete kapa bonnete;
motho ya leshano haholo. /bon. mahelehele/ (bap. lemenemene) (bap. lehata).
Lehelo (le-he-law) /Long-tailed Widowbird/ Mofuta wa nonyana e setono se
selelele ya lelapa la tjobolo. /bon. mahelo/. (mm. Lepau, Molepe, Tjobolo). Tlh.
Lebitso le nepahetseng haholo ke “lehele” hofeta “lehelo” le ha batho ba dibakeng tse
ding ba sebedisa lebitso la bobedi.
Lehetla (li-he-tla) /shoulder/ Sebaka sa mmele pakeng tsa molala le qaleho ya
letsoho; moo letsoho le qalang teng. /bon. mahetla/.
Lehlaahlela (li-hla-a-hle-la) /gun magazine/ Mokotla wa tshepe o hlahlelang kapa o
tshoarang dikulo. Setshelo sa dikulo. /bon. Mahlaahlela/.
Lehlaahlela (li-hla-a-hle-la) /handcuff/ Se sebedisoang ho tlama motshoaruwa hore
a se chopohe kapa balehe. /bon. mahlaahlela/ Mael. Lehlaahlela le lla ka leleng:
batho ba tlemeha ho thusana.
Lehlaba (li-hla-ba) /pain/ Bohloko bo teng sethong sa mmele; bohloko bo bakoang
ke ho kula kapa ho se phele hantle hoa setho seseng sa mmele. /bon. mahlaba/
Lehlabaphio (le-hla-bap-hi-aw) /conspirator, conspirer, traitor, plotter/ Motho ya
rekisang ba habo ho ba direng; motho ya nkang ditaba tsa mokgatlo kapa mokga wa
habo ho di phatlalatsa mokgeng kapa mokgatlong o mong; motho ya lahlehisang
sehlopha sa habo ka ho tshehetsa sehlopha seseng. Sehloela. Lehana. /bon.
Mahlabaphio/. Mael. Lehlabaphio o ila mojalefa: Motho ya mona o hononela ba
bang, ba nang le tsa bona. Mael. Ho ba lehlabaphio: ho ba motho ya hlanohelang
271
272
batho ba habo, sechaba sa habo kapa mokga wa habo ka ho fana ka dintlha,
makunutu kapa ditaba tse ka hlahisang kotsi.
Lehlabathe (le-hla-bat-he) /sand soil/ Mobu o tletseng makumane a lejoe la lesehla;
mobu o akgang lesehla. /bon. Mahlabathe/ (bap. lesehla, lehlohlojane). Mael. Ho
fahla mmuso ka lehlabathe: ho kgentsha; ho koatisa; ho utloisa bohloko bo boholo;
ho sithabetsa pelo; ho hlabehisa; ho kgopisa; ho hlokofatsa maikutlo.
Lehlabihlabi (le-hla-bi-hla-bi) /spike, prickle/ Mmutloa wa semela o hlabang; setho
sa semela se hlabang ha se thetsoa. /bon. Mahlabihlabi/ (bap. tshehlo, mmutloa).
Lehlabo (le-hla-baw) /awl/ Seetsoa kapa sesebedisoa sa ho phunya letlalo masoba;
sesebedisoa se motsu, se phunyang letlalo masoba. /bon. mahlabo/.
Lehlabula (le-hla-bu-la) /summer/ Nako ya selemo e chesang, eo boholo ba
lehlakore la letsatsi le leng ka boroa ba lefatshe, e qalang kgoeding ya Tshitoe
hofihlela Hlakubele ka boroa ba lefatshe. (bap. hlabula).
Lehlafi (le-hla-fi) /door/ Sebaka sa moaho kapa ntlo moo ho kenoang teng se
bulehang le ho koaleha. Bokeno ba monyako, moaho kapa ntlo se bulehang le ho
koaleha. (bap. monyako, lemati, bokeno).
Lehlahana (le-hla-ha-na) /representative/ Motho ya emelang emong bosiong ba
hae; motho ya sebetsang mosebetsi wa motho ya sio; morumuwa ya buellang
mokgatlo, naha kapa sechaba sa habo. /bon. mahlahana/.
Lehlahana (le-hla-ha-na) /officer, public servant/ Motho ya sebeletsang mmuso;
mosebeletsi wa sechaba wa mmuso, ya etsang mosebetsi o kgethehileng; motho ya
fanang ka tshebeletso e ikgethang mmusong. Motho ya thusang mosebetsuwa kapa
mosebeletsuwa. /bon. mahlahana/. (bap. mosebeletsuwa).
Lehlajoane (le-hla-jwa-ne) /diospyros lyciodes/ Setlama sa naheng se melang bakeng
tsa matsoapo le maralla se sebedisoang joalo ka moriana wa mala le mahlaba a
dikahare. /bon. mahlajoane/.
Lehlajoe (le-hla-jwe) /star apple, diospyrus lyciodes/ Semela sa naha se hlaha se
sebedisoang haholo joalo ka patsi. Mofuta wa sefate se atileng haholo mesikong ya
dinoka le diphulana. /bon. mahlajoe/. (mm. Lehlajwe, lehlajoa).
Lehlaka (le-hla-ka) /common reed, phragmites australis/ Mofuta wa semela se
hlahang pela noka kapa metsi; thupa ya poone, lebele kapa semela se ka sebedisoang
joalo ka sejo. /bon. mahlaka/. Mael. Ho hloma lehlaka: ho etsa sesupo sa hore ntlong
e itseng ho na le ngoana ya sa tsoa tsoala le motsoetse; letshwao le bonthsang boteng
ba lekgabunyane le sa tsoa hlaha.
Lehlakametsa (le-hla-ka-me-tsa) // Motho ya hlakametsang: ya lebang sebakeng ho
ya kopana le moeti kapa ntho e tlang; ya lebisang nqa ya motho ya tlang ka sepheo sa
ho ya kopana le yena. /bon. Mahlakametsa/.
Lehlakana (le-hla-ka-na) /cigarette/ Karolo e le nngwe ya kwae e tsujoang e tsoang
ho tseding tse ngata. Lehlaka le lenyane. /bon. mahlakana/.
Lehlakangoatho (le-hla-ka-ng-wat-ho) /Black-winged-Pratincole/ Mofuta wa
nonyana eo hangata e nang le masiba a matsho eo ka nako tse ding e ka nkang mmala
o fapaneng. /bon. mahlakangoatho/.
Lehlakaphothoane (le-hla-ka-phut-hwa-ne) /horsetail/ Mofuta wa semela se
bonahalang haholo mahlakoreng a dibaka tse metsi kapa metsing a sa tebang. /bon.
Mahlakaphothoane/ (mm. Lehlaka-phothoane).
Lehlakore (le-hla-ko-re) /side/ Karolo ya mmele e ka nqa enngwe. /bon. mahlakore/.
Lehlaku (le-hla-ku) /leaf/ Karolo ya semela e nang le lehaba le letala le
itshetlehileng kapa le tshoeroeng ke lekala. Enngwe ya dikarolo tsa semela, eo
272
273
hangata eleng tala ka mmala, e sebopeho se sephara, e hlahang mahlakoreng a lekala
la semela kapa e qalang ka ho mela qalong ya mobu. /bon. mahlaku/ (bap. tlhaku).
Lehlalosanngoe (le-hla-lu-san-ng-we) /synonym/ Lentsoe le batlileng le tshoana
kapa le tshoanang le leleng ka tlhaloso kapa moelelo. /bon. Mahlalosanngoe/.
Lehlalosi (le-hla-lo-si) /adjective/ Lentsoe le hlalosang lebitso kapa lereho ka ho
bontsha mokgoa, sebopeho, nako kapa tulo. /bon. mahlalosi/ Mohl. Qoabi e hlaha.
Mose o molelele. Nako e tlang. Sebaka se hole haholo. Ka hora ya bobedi. Jj.
Lehlanya (le-hlan-ya) /mad person/ Motho ya sa phelang hantle kelellong; motho ya
nang le bokudi ba hlooho. /bon. Mahlanya/ (bap. tlhatlharatlhetlhe).
Lehlapadi (le-hla-pa-di) /gomphostigma virgatum/ Semela se hlaha se bonahalang
dithabeng, haholo mabapa le dinoka seo mahlaku a sona a ka sebedisoang bakeng sa
moriana wa bana. /bon. mahlapadi/ (bap. mosikanoka). (mm. lehlapali).
Lehlasedi (le-hla-se-di) /beam, radiation, ray/ Kganya ya letsatsi ha e kenella
nthong; mocheso wa letsatsi ha o thopothela ho ntho e itseng. /bon. Mahlasedi/.
Lehlasipa (le-hla-si-pa) /war survivor/ (sheb. Lehlatsipa bakeng sa tshebediso).
Lehlaso (li-hla-saw) /piece of music/ Pina e binoang kapa e tla latela ho binoa;
sekoto sa mmino kapa pina e monate ho ya ka tatellano ya ona. (bap. lengae).
Lehlaso (li-hla-saw) /embarassment/ Tlh. Lentsoe lena ke la se Nguni le ha Basotho
babang ba na le ho lesebedisa joalo ka Sesotho. Mantsoe a nepahetseng a Sesotho ke
“masoabi, dihlong” kapa “tlontlollo”.
Lehlasoa (li-hla-swa) /slattern, prodigal person/ Motho ya bohlasoa; motho ya sa
ithateng ka ho se hloekise sebaka seo a dulang ho sona le diaparo tseo a di aparang;
motho ya etsang diketso tse etsang hore a lahleheloe ke tsohle tseo a nang le tsona.
Lehlatsipa (le-hla-tsi-pa)(lehlasipa) /war survivor, victim/ Motho ya kgonneng ho
phela ka mora ntoa kapa kotsi e bolaileng batho ba bangata; motho eo ketso e mpe e
etsahalang ho yena ntle le boikgethelo. /bon. Mahlasipa, mahlatsipa/ (bap.
mochopohi).
Lehlena (li-hli-na) /hobo/ Motho ya phelang bophelo ba naheng kapa ya dulang moo
eseng lehae, a phela ka mphemphe, ebile a sa itlhokomele. (bap. Letawa, sekatana).
Lehloa (le-hl-wa) (lehlwa) /snow/ Pula e hoamisitsoeng ke mohatsela. Pula seka
sefako se nang nakong tsa mohatsela o moholo, haholo nakong tsa mariha. /bon. 0/.
Lehloele (le-hlwi-le) (lehlwele) /clot/ Madi a sa phalleng mmeleng ka baka la ho
lemala kapa ho tsoa kotsi. Madi a thatafetseng mmeleng kapa karolong enngwe ya
mmele ka baka la ho tsoa kotsi. /bon. Mahloele/ (bap. Bobete).
Lehlohonolo (le-hlaw-haw-naw-law) /luck, lucky, fortunate/ Boemo ba diketsehalo
tse ntle tse etsahalang di sa reroa; phumano ya ntho tse ntle, ntle le ho di sebeletsa.
/bon. Mahlohonolo/ Mael. Lehlohonolo ha le tlolloe mafura: ho ba lehlohonolo ha
ho tlamehe ho sebedisa moriana kapa ntho e itseng, empa le itlela ntle le ho lebaka.
Mael. Ka lehlohonolo la motea phala: ka ho etsahala ntle le bothata, ka tsela e
bonolo. Mael. Lehlohonolo ha le na motloha pele: hore o fumane lehlohonolo, ha o
wa tlameha ho fihla pele kapa ho etsa dintho pele.
Lehlohlojane (le-hlo-hlo-ja-ne) /stoney soil/ Mobu o tletseng majoe; mobu o majoe
o tletseng lehlabathe. /bon. Mahlohlojane/ (bap. lehlabathe).
Lehlokoa (le-hlo-kwa) /grass stem/ Thupa e nyane e tsheheditseng semela se
senyane; lekala la semela kapa sejalo se senyane; lekala la joang ba naheng. /bon.
mahlokoa/ (mm. Lehlokwa). Mael. Ho qothisana lehlokoa: ho etsa kgang; ho ba le
ngangisano; ho loantshana.
Lehlokoana (le-hlo-kwa-na) /very small plant stem/ Thupa e nyane haholo e
tsheheditseng semela se senyane; lekala la semela kapa sejalo se senyane haholo;
273
274
lekala la joang ba naheng le lenyane. /bon. Mahlokoana/ (mm. Lehlokwana). Mael.
Ho utloa ka lehlokoana la tsela: ho joetsoa ditaba tse itseng tsa lekunutu pele di
phatlalatsoa kapa pele di tsejoa. Mohl. Ke utloile ka lehlokoana la tsela hore
moputso wa basebetsi bohle o tlo nyolloa kgoedi e tlang.
Lehlomela (le-hlu-me-la) /hibernating plant/ Mofuta wa semela o tsamaisanang le
ho timela nakong ya Mariha, ebe o qala ho hlomela nakong tsa Selemo kapa nakong
tsa mocheso. /bon. Mehlomela, mahlomela/. (bap. mohlomela).
Lehloyo (le-hlaw-yaw) /animosity, hostility, antagonism/ Boemo ba pelo kapa
kelello ba ho se rate motho kapa ntho e itseng; tlhokeho e kgolo ya lerato; mona o
bakoang ke lefufa; bosio ba kutloano. /bon. 0/.
Lehoatata (le-hwa-ta-ta) /desert, widerness/ Sebaka sa lehlabathe le lengata,
mocheso le komello, moo pula e hlokahalang. Naha thote. Thota e fokolloang ke
bophelo ka baka la komello le tlhokeho ya metsi le dimela tse tloaelehileng. (bap.
felleng) /bon. Mahoatata/ (bap. felleng) (mm. Lehwatata).
Lehoboi (le-ho-boi) /Speckled Pigeon/ Mofuta wa nonyana ya lelapa la leeba, e
masiba a mathokoa kapa putsoana ka mmala, le masiba a mokokotlo a makgunong
mmoho le metoa e mesweu ya mapheo; e phalang ka peo kapa dijalo tsa masimong
haholo moo ho lengoang teng. /bon. mahoboi/.
Lehodi (le-ho-di) /Pied Starling/ Mofuta wa nonyana e masiba a botshoana bo
kopantseng le bokatlase ba mmele bo bosweu, le mokobolo o mokgubetsoana pela
mahlo. /bon. mahodi/. Tem. Nonyana ena le yona e na le mefuta e fapaneng, e sa
tshoaneng.
Lehodimo (le-ho-di-mu) /heaven/ Sebaka seo ho dumeloang hore Modimo o dula
teng; sebaka seo ho dumeloang hore ke lehae la Modimo le mangeloi. (bap.
sepakapaka, lefaufau) /bon. mahodimo/.
Lehodimo (//) /sky/ Hodimo ka hodima maru moo mahlo a fellang teng. Bohodimo
le botebo ba sepakapaka. /bon. mahodimo/.
Lehodiotsoana (le-ho-di-ots-wa-na) /hurricane/ Setsokotsane se matla haholo se
tsamaisanang le moya wa pula e ngata e hoholang dimela, meaho le ntho tse
hoholehang. /bon. mahodiotsoana/ (bap. sefefo, kganyapa) (mm. lehoduotsoana).
Lehoefe (le-hwe-fe) /baby lice/ Ledinyane la nta; ngoana nta. /bon. mahoefe/.
Lehoelea (le-hwi-le-a) (lehwelea) /stammer, lisp/ Motho ya hoeleketsang ha a bua:
motho ya sa tsebeng ho bua hantle ka baka la bokudi ba kelello bo amang puo. /bon.
Mahoelea/.
Lehoeleketsi (le-hwe-le-ke-tsi) /stutter/ Motho ya hoeleketsang ha a bua. Motho ya
nang le bothata ba ho bua ka tsela e tloaelehileng. /bon. mahoeleketsi/.
Lehoere (le-hwi-re) /virgin/ Motho ya so kang a robala le monna kapa mosadi;
motho ya so kang a kopana le e motona ka thobalano kapa ka ho bokana; motho ya so
kang a kotoa. Phoofolo e so tloleloeng. /bon. Mahoere/ (bap. Lehure, lebelete).
Lehoetla (le-hwe-tla) (Lehwetla) /autumn/ Nako ya selemo e qalang ka kgoedi ya
Hlakubele ho isa Motsheanong; nako ya selemo e tlang ka mora Lehlabuala e lateloe
274
275
ke Mariha; nako ya selemo eo mahlaku a dimela a qalang ho wela fatshe difateng
ebile ho qala ho phola ntle le ho bata. (bap. mariha).
Lehofi (le-ho-fi) /applause/ Ketso ya ho phaphatha matsoho bakeng sa ketsahalo e
ntle kapa bakeng sa mohlodi. /bon. Mahofi/.
Lehohodi (le-ho-ho-di) /flood debris/ Ntho tse hohotsoeng ke metsi a pula e ngata
tse akgang matlakala, difate le tsohle tse hoholehang; ntho tse hlatsoang ke metsi a
lewatle kapa noka e phophomang. /bon. Mahohodi/.
Lehokahanyi (le-hu-ka-han-yi) /conjuction/ Lentsoe le kopanyang dipolelo
seratsoaneng. Mohl. Le, mme, jj. /bon. Mahokahanyi/.
Lehokedi (le-hu-ke-di) // Mohl. a, ya, di, jj. /bon. Mahokedi/.
Lehoko (le-ho-ko) /burnt grassland/ Naha thote enang le joang, e cheleng; naha e
chesitsoeng ebile e na le ponahalo e ntsho ka lebaka la ho chesoa. /bon. Mahoko/.
Lehola (le-hu-la) /weed/ Semela se sa batlahaleng tshimong kapa serapeng; semela
se melang ntle le ho jaloa. /bon. Mahola/.
Leholo (le-hu-lu) /big something/ Hoa ntho eo lebitso la yona le qalang ka tlhaku
“L”: e hlokang bonyane kapa e kgolo; e nang le chebahalo e sephara kapa e
phatlalletseng haholo. Mohl. Ke batla lejoe le leholo. Morena moshoeshoe o patiloe
ka lekese le leholo la mafatsa. (bap. Senyane, moholo, seholo, boholo, monyane).
Leholosiane (le-ho-lo-si-a-ne) /Cattle Egret/ Mofuta wa nonyana e tshoeu, e maoto
a malelele, e bonahalang karolong e ka boroa ya le fatshe nakong tsa mocheso, e
boele lebowa nakong tsa mohatsela. /bon. Maholosiane/.
Leholotsane (le-ho-lo-tsa-ne) /African Sacred Ibis/ Mofuta wa nonyana ya lelapa
la mokgotlo. /bon. mahalanyane/. (bap. lehalanyane).
Lehomohomo (le-haw-maw-haw-maw) /confabulation/ Puisano le motho kapa
batho ka thoko ho seboka kapa kopano ka ho tshohla, pinyaneng, tse etsahalang moo.
Lehonono (le-haw-naw-naw) /sceptic, doubt/ Boemo ba ho se tshepe se buuwang
kapa se hlahisoang; pontsho ya manganga a manyane. (bap. lekgonono).
Lehonyane (le-hon-ya-ne) /Egyptian Vulture/ Mofuta wa nonyana ya lelapa la
tlakatsoana. /bon. mahonyane/.
Lehonyedi (le-hon-ye-di) /asparagus/ Mofuta wa semela o hlahang naheng kapa
pela malapeng, o melang ka ho teteyanya makala a sona, o nang le mahlaku a
masesane le dikotolana ka tlase. /bon. mahonyedi/.
Lehopo (le-hu-paw) /rib/ Lesapo le koahetseng dikahare tsa phoofolo kapa motho, le
kopaneng le lesapo la mokokotlo. /bon. Mahopo/ (bap. kgopo).
Lehure (le-hu-re) // Mofuta wa leeba le fumanoang sebakeng ka nako tse ikgethang
tsa diphihlo (selemo). /bon. Mahure/.
Leifo (le-if-aw) /fireplace/ Sebaka seo ho besetsoang mollo ho sona; moo mollo o
besetsoang teng. /bon. Maifo/ (bap. ifo).
Leihlo (le-i-hlaw) /eye/ Setho sa mmele se sefahlehong, tlasa phatla, se thusang
bakeng sa ho shadima; setho sa mmele sa ho bona, tadima kapa ho lelala. /bon.
Maihlo, mahlo/ Mael. Ka ho panya hoa leihlo: hanghang ka potlako; kapelenyana
haholo. Mael. Mahlo ke diala ha a je sa motho: mahlo a sheba feela ntle le hore ntho
e ntle kapa e mpe; mahlo a sheba le seo ho sa dumeleheng hore a se shebe. Mael.
Taba di mahlong: se ka pelong mmoho le se nahannoeng ke motho se iponahatsa
sefahlehong kapa chebehong ya motho. Mael. Ho ntsha mahlo nameng: ho ba malala
a laotsoe; ho ba boemong ba ho itebela kgahlanong le kotsi e ka hlahang. Mael. Ho
re mahlo tloha/ha ke re mahlo tloha: ha ke hlokomela hamorao kapa ho elelloa ketso
e itseng hamorao kotsi e se e etsahetse. Mael. Mahlo a tshela noka e tletse: mahlo a
bona moo monga ona a kekeng a fihla teng; mahlo a bona le moo holeng kotsi le ha
275
276
monga ona a keke a atamela moo. Mael. Ho sheba ka leihlo le nchocho; ho ba leihlo
le nchocho: ho ba hlokolosi ka se etsahalang ka sepheo sa ho thibela phoso kapa bobe
bo ka etsahalang. Ho ba malala a laotsoe; ho ikatela. Mael. Ho sheba ka mahlo a
makgubedu: ho tadima ka ho labalabela kapa ho batla ka hohle hohle. Ho lebisa
mahlo ho ntho ka ho bontsha kgahleho e kgolo haholo.
Leiketsi (le-i-ke-tsi) /personal verb/ Leetsi le bontshang hore ketso e etsahala ho
moetsi wa ketso. Lentsoe le bontshang hore se etsahalang se hlahela moetsi kapa
mmuwi. /bon. Maiketsi/ Mohl. Ikutloa, iketsa, itsamayela, ipona, ipaballa,
ikoahlaha, inahanela, ikela, iponahatsa. jj. Tem. Ho na le phapang e kgolo pakeng
tsa mantsoe, “leeketsi”, “leetsi” le “leiketsi”.
Leindia (le-in-dia) /Indian/ Moahi wa naha ya India ya buang enngwe ya dipuo tsa
naha eo, eo kajeno a fumanehang lefatshe ka bophara kapa bongateng ba dinaha tsa
lefatshe. /bon. Maindia/ Tem. Ho na le kakanyo ya hore lebitso, “lekula” le na le
moelelo o tshoanang le “kafore”. Sena se bolela hore lebitso kapa lentsoe le
nepahetseng ke “Leindia” hofeta “Lekula”. (bap. kafore).
Leino (le-in-naw) /tooth/ Setho sa mmele, seka lesapo se tholahalang ka hara
molomo wa motho kapa phoofolo; lesapo le thatahadi le thusang ho hlafuna le ho
thuba tse jewang. /bon. maino, meno/. Mael. Ho lomahanya meno: ho tsitlallela
ntho e itseng. Mael. Meno masweu maloma a fodisa: motho ya tshehang empa a le
kotsi kgahlanong le eo a tshehang le yena; lehlabaphio.
Lejabajaba (le-ja-ba-ja-ba) /utensil/ Sefaha, sejana kapa ntho efe kapa efe e ntle ya
boleng bo hodimo ka theko. /bon. Majabajaba/.
Lejakane (le-ja-ka-ne) /elite, high society, upper class, aristocrat/ Motho wa
boemo bo hodimo ka baka la thuto kapa bophelo boo a bo phelang; motho wa
mekgoa ya sejoalejoale. /bon. majakane/.
Lejakathata (le-ja-kat-ha-ta) /workaholic/ Motho ya sebetsang haholo bakeng sa
ntho eo a e batlang. /bon. Majakathata/ (bap. lesokolara).
Lejapane (le-ja-pa-ne) /Japanese/ Moahi wa sehlekehleke sa Japane, se pela naha ya
China, se bochabela bo hole, ya buang puo ya sejapane. /bon. majapane/.
Lejapere (le-ja-pe-re) /Mosotho/ Motho wa Mosotho ha a hlalosoa mabapi le
kamano ya hae le pere. /bon. maja-pere/ (bap. moja-pere, pitsi) (mm. Leja-pere).
Lejatlhapi (le-ja-tl-ha-pi) /socialite/ Motho wa thuto le tsebo e kgolo ka baka la
thuteho ya hae. /bon. Majatlhapi/ (mm. Leja-tlhapi).
Lejelathoko (le-je-lat-hu-kaw) /isolationist/ Motho ya sa ikamahanyeng le diketso
tsa babang; ya etsang dintho a le mong feela; wa ditloaelo tse shebaneng le boyena
feela. /bon. Majelathoko/ (bap. seipati).
Lejeremane /le-je-re-ma-ne) /German/ Moahi wa Jeremane, Yuropa, ya buang puo
ya sejeremane. (bap. Mojeremane) /bon. Majeremane/.
Lejoale (li-jwa-le) /of course/ Ka ho phethahala; kannete; efela ho le joalo.Tem.
Basotho babang ba na le ho sebedisa lentsoe la sekone, “vele” bakeng sa “lejoale”
joalo ka ha eka Sesotho se hloka lentsoe lena.
Lejoana (le-jwa-na) /precious stone/ Mofuta wa lejoe le nang le boleng, le rafjoang,
la theko e hodimo haholo ka baka la sebopeho la lona. /bon. Majanoa/.
Lejoe (le-jwe) /stone/ Enngwe ya karolo tsa lefatshe e thatafetseng, eo enang le
mefuta e mengata ho ya ka sebaka sa lefatshe; eo eleng enngwe ya dintho tse bopang
lefatshe; eo ha e qhetsoha kapa e hohleha e bakang mofuta wa mobu. /bon. majoe/.
Mael. Ho kgitla lejoe: ho ba boemong ba ho hloka mohlodi; ho ba boemong ba ho se
dumellane ka dipuo; ho se tsoelepele ka lebaka la ho hloka tumellano.
276
277
Lejoeleputsoa (le-jwe-le-puts-wa) // Karolo ya sebaka sa mabalane sa Profinsi ya
Gauteng, e tummeng ka kgoebo, matshoele a batho le marangrang a maholo. (mm.
lejwe-leputswa).
Lejojo (le-jo-jo) /chaos, helter-skelter, crisis/ Boemo ba tsitsipano le pherekano;
boemo ba thibang thibang. /bon. Majojo/ (bap. thibangthibang).
Leka (le-ka) /try, attempt, endeavour/ Ho etsa ketso e itseng le ha ho sa kgonehe;
ho ikitlaetsa ho bua kapa ho etsa se itseng le ha ho le thata. Ho nka matsapa kapa ho
etsa matsapa a ho phethahatsa boemo bo itseng.
Leka (le-ka) /tempt/ Ho nonya maikutlo; ho etsa hore motho kapa ntho e etse ketso e
mpe kapa eo a sa batleng ho e etsa; ho hlohleletsa ketsong tse mpe. (bap. moleko).
Leka (le-ka) /frustrate/ Ho kopakopanya motho maikutlo ka diketso tse sa rateheng;
ho ferola maikutlo ka mekgoa e sa dumeleheng. (bap. lekehile, lekeha, tekeho).
Lekaba (le-ka-ba) /uncivilised person/ Motho ya sa rutehang kapa ya phelang
sekgale; motho wa diketso tse hlokang thuteho le tokoloho ya kelello; motho wa
moetlo o sa tloaelehang, o kabang kotsi. /bon. Makaba/ (bap. Bokaba, boqaba). Tlh.
Lentsoe le utloahalang le nepahetse haholo ke “leqaba” hofeta “lekaba”.
Lekabasa (le-ka-ba-sa) // Motho ya laolang ka baka la ho tshajoa; motho ya laolang
ka baka la bonatla kapa dikgoka; motho ya sehlohlolong ka baka la boemo kapa
boetapele ba hae. Motho ya kabasang. /bon. Makabasa/ (bap. kabasa).
Lekabelane (le-ka-be-la-ne) /Barn Swallow, Rock Martin/ Mofuta wa nonyana ya
lelapa la mmankabelane. /bon. makabelane/.
Lekakarane (le-ka-ka-ra-ne) /Southern Black Korhaan/ Mofuta wa Nonyana e
hlooho e sootho le mokobolo o mokgubedu; e masiba a molala a masweu le
mokokotlo o mosootho; e fumanoang haholo Afrika Borwa mmoho le naheng ya
Lesotho dibakeng tse ommeng tse bulehileng; e phelang ka ho ja dihahabi tse nyane
joalo ka dinoha le mekgodutsoane. /bon. Makakarane/.
Lekakatledi (le-ka-ka-tle-di) // ?? /bon. Makakatledi/.
Lekako (le-ka-ko) /comedian, comic, jester, joker/ Motho wa diketso le boitshoaro
bo sa tiang; motho ya tshehisang kapa wa diketso tse tshehisang; motho ya ratang
kapa ya tloaetseng ho soasoa. /bon. Makako/ Mohl. O nchebe hantle nna hobane ha
le lekako. (bap. sesoasoi).
Lekala (le-ka-la) /branch/ Karolo ya sefate kapa semela, e nang le mahlaku, e tsoang
kutung ya sefate kapa semela. /bon. Makala/.
Lekala (le-ka-la) /branch, division/ Mocha o itseng wa thuto; karolo enngwe ya
mokgatlo kapa sehlopha; karoloana ya mokga ha e hlalosoa ka sebaka. /bon. makala/.
Lekalekana (le-ka-le-ka-na) /equal, same/ E kapa tse tshoanang kapa tse
sebopehong se bapelang haholo. Ho ba boemong, sebopehong kapa maemong a
tshoanang ntle le ho kgetholla bomorabe, sebopeho, botona, botshehadi kapa botona.
Lekalekanya (le-ka-le-kan-ya) /to equate, to equalize, to level/ Ho etsa hore ntho di
tshoane ka sebopeho, dintlha kapa chebahalo. Ho lekanya. (bap. tekatekano,
tekatekanyo).
Lekana (le-ka-na) /equal/ E boemong bo tshoanang ba bolelele, bokgutshoanyane,
botenya kapa bophara; eo ditokelo tsa yona di tshoanang bakeng sa batho bohle.
Lekane (li-ka-ne) /enough/ E felletseng ka phepelo, ka ho etsahala kapa ka ho fuwa.
Lekanela (le-ka-ne-la) // Ho ba boemong bo tsitsitseng. (bap. itekanetse, itekanela).
Lekantse (le-kan-tse) /purported/ Bokgale ba ho lekanya.
Lekanya (le-kan-ya) /equalise/ Ho etsa hore dintho di tshoane; ho etsa hore dintho di
be boemong bo lekang ka palo. Ketsetso ya ho lekana. /bon. Maleka/.
277
278
Lekanya (//) /measure/ Ho thola boima kapa bobebe ba dintho ka ho di beha
sekaleng. /bon. Maleka/.
Lekanya (le-kan-ya) /purport/ Ho bua ka ho akanya kapa ho etsisa; ho hlahisa ka ho
bapisa ka tsela e itseng. (bap. akanya, lekanyisa).
Lekanyane (le-kan-ya-ne) /wild dog/ Mofuta wa phoofolo e hlaha, seka ntja, e
fumanoang haholo naheng. /bon. makanyane/ (bap. phiri, lefiritshoana). Mael.
Lekanyane ho phela le diretsana (diretse): ba atlehang bophelong ke ba sa tshabeng
phephetso tse thata; ba atlehang bophelong ke ba sa qobeng mathata kapa ba sebete.
Lekanyetsa (le-kan-ye-tsa) /size, asses, evaluate, tape, measure/ Ho fa ka tsela e
tshoanang; ho hlahloba ka sepheo sa ho rekisa kapa sa ho arolela.
Lekanyisa (le-kan-yi-sa) /allude/ Ho bua taba ka ho akanya kapa ho tshoantsha.
Lekaota (le-ka-u-ta) /vagrant, rolling stone/ Motho, haholo wa monna, ya etsang
borata kapa thato ya hae ka ho robala hohle le ho solla hohle. /bon. Makaota/.
Lekarapa (le-ka-ra-pa) /helmet/ Mofuta wa katiba e thata ho tshireletsa hlooho ya
mosebetsi mmaeneng kapa ya sebetsang sebakeng se ka bang kotsi. /bon. Makarapa/
Lekase (le-ka-se) /casket, coffin/ Lebokose le tshelang mofu; lebokose le
etseditsoeng ho kenya motho ya shoeleng lebitleng. /bon. Makase/ (bap. lekese).
Lekau (le-ka-u) // Mofuta wa nonyana, seka kgoho, ya hae. /bon. Makau/.
Lekea (li-ke-a) (lekeha) /temptable/ Ketsahalo ya ho leka: e etsang hore motho a
batle ho etsa phoso, sebe kapa ketso e sa batlahaleng. (bap. moleko) (sheb. Lekeha
bakeng sa tshebediso).
Lekeha (li-ke-ha) /frustrated/ Ho ba boemong ba ho kopangoa maikutlo; ho ba
boemong ba ho feroloa menahano le mehopolo. Mohl. Ngoana batho o dula a lekeha
ke ho kgutlisoa joalo joalo ke lefapha la tsa sehae. (bap. tekeho).
Lekeha (li-ke-ha) /temptable/ Ketsahalo ya ho leka: e etsang hore motho a batle ho
etsa phoso, sebe kapa ketso e sa batlahaleng.
Lekehile (li-ke-hi-le) /frustrated/ E boemong ba ho kopakopangoa maikutlo; e
boemong ba ho feroloa menahano le mehopolo ka lebaka la ho sitiseha ho fihlella
sepheo se batloang kapa se labalabeloang. Mohl. Ke ikutloa ke lekehile ke monna
enoa wa letawa ya noang letsatsi le letsatsi.
Lekejakejane (le-ke-ja-ke-ja-ne) /hercules, leviathan, titan/ Motho wa mmele o
moholo ya molelele ka seemo. /bon. Makejakejane/.
Lekeke (le-ke-ke) /crooked, side walking/ E tsamayang ka lehlakore; e sa
otlolohang ha e tsamaya. /bon. Makeke/. Mael. Ngoana lekgala o tsamaya ka lekeke:
diketso tsa motho di bontsha ho futsa ntatae kapa mmae; se etsoang ke ngoana ke
bopaki ba lefutso la motsoadi.
Lekekeruwane (le-ke-ke-ru-wa-ne) /Crowned Lapwing/ Mofuta wa nonyana e
bosootho bo lefifi, enang le hlooho e sepapetloa ka lebaka la masiba a sekotlo sa
yona. /bon. makekeruwane/. (bap. mmankere, nkere). (mm. Lekekeruoane).
Lekele (le-ke-le) /after dowry party beer, task beer/ Joala bo nowang nakong ya
lelomolo la ho fala lekoko la kgomo ya selelekela ka mora ho hlabisa mahadi.
Lekella (le-kel-la) /endeavour/ Ho etsa ketso e itseng le ha ho sa kgonahale; ho
ikitlaetsa ho bua kapa ho etsa se itseng le ha ho le thata.
Lekese (le-ke-se) /coffin/ Lebokose le tshelang mofu; lebokose le etseditsoeng ho
kenya motho ya shoeleng lebitleng. /bon. Makese/ (bap. lekase).
Lekesi (le-ke-si) // Mofuta wa ntja e tshetshane e sebedisoang bakeng sa ho tsoma.
Leketla (le-ke-tla) /dangle/ Ho etsa hore ntho e tsitsinyehe kapa e tsamaye moyeng
ka ho tshoara bokahodimo ka tsela e itseng. (bap. fanyeha).
Leketlela (le-ke-tle-la) /dangle towards/ Ketsetso ya ho leketla.
278
279
Leketlile (le-ke-tli-le) /dangled/ Bokgale ba ho leketla.
Leketlisa (le-ke-tli-sa) /to dangle/ Ketsiso ya ho leketla.
Leketlisoa (le-ke-tli-swa) /dangled/ Boetsuwa ba ho leketla.
Lekgaba (le-kga-ba) /rich green crop field/ Mahlaku a semela sa poone kapa sejalo
se jaloang ha se le boemong bo botle ba botala masimong kapa serapeng; lehaba la
poone kapa mabele tshimong. /bon. makgaba/.
Lekgabane (le-kga-ba-ni) /gentleman/ Motho ya metsamao e metle ya iphotlileng;
motho wa boitshoaro bo lokileng. /bon. makgabane/ (bap. kgabane).
Lekgabunyane (le-kga-bun-ya-ne) /infant/ Ngoana ya sa tsoa tsoaloa; ngoana e
monyane haholo ya sa tsoa hlaha, ya nyanyang. /bon. makgabunyane/ (bap. lesea).
Lekgakgapha (le-kga-kgap-ha) /fish scale/ Enngwe ya ditho, seka letlaloana la
tlhapi kapa dibupuwa tsa lewatle, e thusang bakeng sa ho nyekenyeha le ho tshetlela
motsamao. /bon. makgakgapha/.
Lekgala (le-kga-la) /shrub/ Mofuta wa semela seo hangata se melang dithabeng,
majoeng kapa lehoatateng, se teteyaneng lehlaku ka baka la metsi a lehlakung la
sona. /bon. makgala./
Lekgala (//) /crab/ Mofuta wa phoofotsoana ya metsing e maoto a robedi, le seka
matsoho a mabedi ao se itshireletsang ka ona, ebile e na le kgaketla e thata, e
kgonang le ho tsamaya naheng. /bon. Makgala, dikgala/ (bap. kgala). Mael. Ngoana
lekgala o tsamaya ka lekeke: diketso tsa motho di bontsha ho futsa ntatae kapa
mmae; se etsoang ke ngoana ke bopaki ba lefutso la motsoadi.
LEKGALA/MAKGALA
Lekgalana (le-kga-la-na) /aloe/ Mofuta wa semela sa lekgala se sebedisoang haholo
joalo ka moriana wa mafu a mangatanyana. /bon. Makgalana/ (bap. seholobe).
Lekgala-la-thaba (//) /spotted aloe/ Mofuta wa lekgala le hlaha le melang haholo
naheng, le makgapetla a matenya a matala ebile ana le metoa e mesweu; le ka
sebedisoang joalo ka moriana. /bon. Makgala-a-thaba/. Tem. Mehleng ena lekgalana
lena le se le sebedisoa dirapaneng tsa malapeng.
Lekgale (le-kga-le) /exclamation: you must never!/ Lekgotsa le bontshang ho hana
ka botlalo hoa mmuwi kapa moetsi. Mohl. Nkeke ka tsamaya, lekgale boo!
Lekgale (le-kga-le) /exclamation: never seen this ever before!/ Lekgotsa le
bontshang ho tsota monate wa ketsahalo ka ho bontsha ho makala. Mohl. Ha ke so
bone menyakoe e tjena lekgale! Ha ke so bone ntho e joalo lekgale!
Lekgalo (le-kga-law) /passage, channel/ Sebaka seo ho fetoang teng lerallaneng
kapa thabeng; tsela e fetang lerallaneng kapa pakeng tsa dilomo. /bon. makgalo/.
Lekgalong (le-kga-law-ng) /glen, kloof, ravine/ Sebaka sa thaba kapa letsoapo se
tebileng, se bulehileng ka tlholeho, moo hofetoang ho sona. /bon. makgalong./
Lekgantsetse (le-kga-ntse-tse) /detrimental, detriment/ Hoa ketso kapa ketsahalo:
e mpe, e sa tsamaisaneng le se batloang kapa se batlahalang; ketso e sa kgahliseng
hohang. /bon. Makgantsetse/.
279
280
Lekganyane (le-kgan-ya-ne) /Zion christian church member/ Molatedi wa enngwe
ya dikereke tse kgolo tsa Afrika Borwa, e thehiloeng ke Lekganyane, eo ntlo kgolo
ya yona eleng Profinsing ya Limpopo, sebakeng sa Moria. /bon. makganyane/.
Lekgapetla (le-kga-pe-tla) /the peel, bark/ Letlalo la tholoana ya sefate; bokantle ba
tholoana e jewang. /bon. Makgapetla/ Tlh. Batho ba bang ba sebedisa lentsoe lena
“lekgapetla” bakeng sa “lehlaku” la sefate. Phapang ke hore lekgapetla le ya eboleha
ho tholoana, ha lehlaku le tloha lekaleng la semela mme le sa ebolehe.
Lekgapu (le-kga-pu) /alpine heath, Erica algida/ Mofuta wa semela se hlaha se
diphatsa, sa naheng. /bon. Makgapu/ (mm. lekhapu).
Lekgathe (le-kga-the) /tense/ Sebopeho sa puo ha ho hlalosoa leetsi kapa maetsi ho
ya ka nako ya joale, maobane kapa hosane. /bon. Makgathe/.
Lekgea (le-kge-a) /honey/ Sejo se monate se tsoekere se etsoang ke ho behela hoa
dinotshi. /bon. Makgea/ Tem. Lentsoe lena le sebedisoa le le ka bongateng hangata.
Lekgekgeba (le-kge-kge-ba) /money/ Chelete ha e hlalosoa ka Sesotho: Sesebedisoa
se sebedisoang bakeng sa ho reka kapa ho fapanyetsana ka se nkuwang le se fanoang;
se emelang moruo wa naha ha ho bapisoa le dirafjoa kapa dihlahisoa tsa naha tse
kenang naheng le tse tsoang naheng. /bon. Makgekgeba/ (bap. chelete).
Lekgeloha (le-kge-lu-ha) (Lekheloha) /Secretary bird/ Mofuta wa Nonyana e
tholahalang haholo Afrika Borwa le Lesotho; e jang nama; e phelang haholo
dibakeng tse bulehileng tsa joang; e batlileng e na le Sebopeho sa ntsu; e mokobolo o
sekoekoe; e hlooho e nang le sekola sa masiba; e masiba a mapheo a matsho le a
mmele a masweu le bothokoa bo hlakileng. /bon. Makgeloha/. (mm.
Mmamolangoane).
Lekgethi (le-kge-thi) /adjective/ Lentsoe le hlalosang lereho kapa lebitso; lentsoe le
bolelang kapa hlalosang mokgoa wa ntho efe kapa efe ho ya ka mmala, sebopeho,
tshobotsi, bophahamo, jj. /bon. makgethi/ (bap. Lehlalosi, sephafi).
Lekgetho (le-kget-haw) /tax/ Lekgekgeba kapa karolo ya chelete e ntshoang ho
moputso wa motho kapa karolo ya moputso bakeng sa mmuso; karoloana ya chelete e
nkuwang ho mokgolo kapa tefo pele monga yona a e thola bakeng sa ditshebeletso
tsa mmuso. /bon. makgetho/ (bap. Molekgetho).
Lekgetholli (le-kge-thul-li) // Lentsoe le sebedisoang ho hlalosa ntho kapa motho ka
ho qolla hara tse ding tse ngata. Mohl. Inotshi, seng, leng, ding, mong, jj.
Lekgetlo (le-kge-tlaw) /session, stage, turn/ Karolo enngoe ya nako eo ketsahalo e
etsahalang ka yona; mokgahlelo omong o supang nako ya ketsahalo kapa boemo;
sehla se fapaneng le seseng. /bon. Makgetlo/ (mm. Lekhetlo). Mohl. O fumane
ngoana emong lekgetlo la bobedi pele a nyaloa. O kgutla lekgetlo la boraro.
Lekgoaba (le-kgwa-ba) /crown/ Mofuta wa nonyana e ntshohadi; e fumanoang
haholo dithoteng tsa joang moo ho nang le difate tse qaqohaneng, mmoho le
dibakeng tsa masimo a dijalo; e phelang ka peo ya poone, dinqanqana, dihahabi tse
nyane le mmoho le dibodu ka nako tse ding. /bon. Makgoaba/ (bap. Mokgoaebane)
(mm. Lekgwaba, lekhoaba).
LEKGOABA (LEKGWABA)
280
281
Lekgoakgoa (le-kgwa-kgwa) (lekhoakhoa) /garden fence/ Sebaka sa ho jala dijalo,
haholo meroho, empa sona se le senyane hofeta tshimo, ebile hangata se kampeloa;
serapana sa meroho le dimela tse jaloang hae. /bon. Makgoakgoa/.
Lekgoakgoa (le-kgwa-kgwa) (lekhoakhoa) // Ya kgephohileng sebokong kapa
lapeng la Bakoena. Eo eleng leloko la morena Molapo ya tsoaloang ke morena Napo
ebile e le mora wa hae wa boraro mme yena e le qaleho ya ba tsoalang Makhoakhoa.
Seboko sa karolo ya batho ba Basotho ba dulang Makhoakhoeng ebile ba tsoa ho
Bakoena. /bon. Makgoakgoa/.
Lekgoakgoa (le-kgwa-kgwa) (lekhoakhoa) // Moahi wa Makhoakhoeng; motho ya
dulang motseng o bitsoang Makhoakhoeng, setekekeng sa Botha Bothe, Lesotho;
motho ya tsoang makhoakhoeng ebile a dula teng. /bon. Makgoakgoa, makhoakhoa/.
Lekgoba (le-kgo-ba) /slave/ Motho ya sebedisoang ntle le tefo ka baka la boemo ba
hae ba bokgoba, botlamuwa kapa tlhopeho. Motho ya sebedisoang ka thata hofeta
tekanyo. /bon. Makgoba/ (bap. motshoaruwa, lepantiti).
Lekgobonthithi (le-kgo-bon-hit-hi) /attempt, plan, endeavor/ Boiteko ba ho etsa
ketso e itseng le ha ho le thata; tsela ya ho thola maqheka bakeng sa ho rarolla
bothata bo itseng. /bon. Makgobonthithi/.
Lekgoekgoe (le-kgwe-kgwe) /bodily reaction, rash/ Botsikinyane bo hlahang letlalo
la mmele, le etsang hore motho a ingoaye, haholo ha a thetsitsoe kapa a habotse ntho
e sa lokang; kutlo ya letlalo e bakang hore mokudi a ikgoabitle ka lebaka la ho ja sejo
se sa tsamaisaneng le mmele. /bon. 0/ (bap. sekgolopane) (mm. Lekhoekhoe).
Lekgokolo (le-kgo-ko-lo) (lekhokolo) /manhood blanket/ Mofuta wa kobo ya
Basotho, e ntle, eo hangata e aparoang ke motho e motona ya kenang bonneng; kobo
ya senna ya Sesotho. /bon. makgokolo/.
Lekgokolotso (le-kgu-ku-lu-tsaw) /bits, detritus, dross/ Se thonakoang fatshe joalo
ka matlakala kapa ntho tse nyane. /bon. Makgokolotso/ (mm. Lekhokolotso). Tem.
Batho babang ba na le ho bitsa lentsoe lena ka tsela e fosahetseng ba le bitse
“lekgolokotso” bakeng sa ho le bitsa “lekgokolotso”. (bap. letlakala, dithole).
Lekgolo (le-kgu-lu) /hundred/ Mashome a leshome; palo e kahodimo ho mashome a
robong le metso e robong; palo e ka tlase ho le kgolo le motso o le mong. Metso e
kahodimo ho mashome a robong le metso e robong. /Bon. Makgolo/.
Lekgoloa (le-kgo-lwa) /an expatriate, naturalised alien/ Motho ya sa batleng ho
kgutlela hae; motho ya nang le nako e telele a sa chakele hahabo. /bon. makgoloa/.
Lekgoloa (le-kgo-lwa) /believer, churchgoer/ Motho ya kgoloang tumelo e itseng:
ya dumelallanang le thero ya lentsoe kapa seo Modimo a se bolelang; ya
dumellanang le se ngotsoeng bukeng ya bibele; ya tshepang hore se buuwang se tla
etsahala. Eo eleng modumedi. /bon. Makgoloa/ (bap. modumedi).
Lekgolokoe (le-kgu-lu-kwe)(Lekholokoe)/Basotho clan group: the crab/ Karolo ya
Basotho e reheletsoeng ka mora phoofotsoana ya metsing e bitsoang kgala. Eo eleng
letlobo le otlolohileng la Bakgatla ho tsoa ho morena Tabane ya neng a ahile Lekoa
lemong tsa bo 1500 mme yena a tsoaloa ke morena Kgetsi eo ebileng yena ntata
Makholokoe. /bon. Makgolokwe, makholokoe/. (bap. Mokgatla).
Lekgolokotso (le-kgu-lu-ku-tsaw) /refuse/ Se kgokolotsoang fatshe; se qhalaneng
ebile se thonakoa fatshe. /bon. Makgolokotso/ (bap. letlakala, dithole). Tlh. Lentsoe
le nepahetseng haholo ke “lekgokolotso” hofeta “lekgolokotso”.
Lekgonatha (le-khu-nat-ha) /stingy, avaricious, parsimonious/ Motho ya timanang
haholo; motho ya sa faneng ka seo anang le sona le ha se le sengata. Motho ya joalo.
281
282
Lekgonono (le-kgaw-naw-naw) /sceptic/ Boemo ba ho se tshepe se buuwang kapa se
hlahisoang. Boemo ba ho se utloane le se buuwang kapa se hlalosoang; pontsho ya
manganga a manyane. Tlh. Lehonono ke lentsoe le sebedisoang, empa le
nepahetseng ke “lekgonono” hofeta “lehonono”.
Lekgopho (le-kgup-hu) /acme, sore/ Seka seso se hlahang bokantle ba letlalo, se
bakoang ke ho longoa ke kokoanyana, kapa se bakoang ke sejo se sa tsamaisaneng le
letlalo. Leqhutsu kapa tsutsudupa e hlahang mmeleng kapa sefahleho ka baka la lefu
la letlalo. /bon. makgopho/ (bap. sehloba, sekgolopane, lekgoekgoe, letheba).
Lekgopo (le-kgu-paw) /rib/ Lesapo le koahetseng dikahare tsa phoofolo kapa motho,
le kopaneng le lesapo la mokokotlo. /bon. Makgopo/ (bap. kgopo).
Lekgotla (le-kgu-tla) /court/ Moaho oo ho tshoareloang dinyewe ho ona; sebaka seo
ba molato ho sekoasekoang taba tsa bona teng; sebaka seo baahlodi ba ahlolang ba
molato teng le babuelli ba emelang ba molato teng. /bon. makgotla/ (bap. kgotla).
Lekgotsa (le-kgu-tsa) /exclamation word/ Lentsoe le bontshang ho makalla
ketsahalo ka ho bontsha kapa ho supa ho tshoha kapa ho makala. Tem. “Lekgotsa” ke
lentsoe, “makalo” ke letshwao la puo le ha bobedi ba mantsoe ana a bontsha ho
hoeletsa kapa ho phahama hoa modumo ha a sebedisoa. /bon. Makgotsa/ Mohl.
kgidi! kgelele! too! Be! Jj. (bap. makalo).
Lekgotsa (//) /exclamation mark/ Letshwao le bontshang khoeletso puong kapa
polelong e buuwang; letshwao le bontshang hore lentsoe kapa modumo wa polelo o
wa phahama. Mohl. (!).
Lekgowa (le-kgu-wa) /white man/ Motho wa mmala o mosoeu, wa tlhaho le semelo
sa Yuropa. /bon. makgowa/ (bap. lenyesemane). Tem. Lentsoe, “lekgowa” ha le
bolele motho emong le emong e mosoeu. Baahi kapa batho ba dikarolong tse ding tsa
Asia, China, Japane, India, Saudi Arabia, Iran le mafatshe a mang mmoho le batho ba
mmala o hlakileng ba dinaha tse ding, ba ka ba basoeu ka mmala empa ha ba bitsoe
makgowa. Sena se bolela hore makgowa ke babang ba batho ba Europe (Yuropa,
mohlomong le Amerika lebowa, New Zealand mmoho le Australia), le karolong
tseding tsa lefatshe.
Lekgulo (le-kgu-law) /pasture/ Boemo ba naha ha bo bontsha botala ba joang le
dimela tse jewang ke diphoofolo. Chebahalo e ntle ya naha nakong tsa Lehlabula
kapa Hoetla. /bon. Makgulo/ Mohl. O mphomotsa makgulong a matala. Mael. Dia
bela dia hloeba, makgulo ho psha a matala, koma re sala re di otla ka hlooho:
motho ho tsofala le ho kgathala ya neng a le motle, matla, a tseba ho bina, e le
kgeleke, a le mafolofolo ebile a tumme haholo mme a qetelle a tsofetse, a le mobe
ebile a hloka matla le botle joalo ka pele.
Lekgutla (le-kgu-tla) /triangle/ E mahlakore a mararo; e ntlha tse tharo kapa
dikarolo tse tharo. E hlokang bochitja. (bap. kgutlo-tharo).
Lekgutla (//) /haunch back/ Mokokotlo o lesapo le phahameng; boemo ba mmele ka
tlasa molala bo phahameng ka baka la masapo a sa dulang hantle. Ho kobeha hoa
mokokotlo ho hlahelletseng haholo. /bon. makgutla/ (bap. selota).
Lekgutla (//) /uneven/ E sa otlolohang kapa e sekoti; e hlokang kotloloho kapa
motsitsa; e dikoekoe.
Lekile (le-ki-le) /tried/ Bokgale ba ho leka.
Lekisa (le-ki-sa) /copy/ Ho tshoantsha kapa ho etsisa; ho etsa ntho e tshoanang le
enngwe ka puo, motsamao kapa ka setshoantsho.
Lekoa (le-kwa) (lekwa) /vaal river/ Enngwe ya dinoka tse kgolo tsa Afrika Borwa e
arolang Profinsi ya Gauteng le Foreistata (Free state), eo ho nahanoang hore ka pale
kapa nalane ke moedi wa Afrika Borwa le naha ya Lesotho.
282
283
Lekoakoa (le-kwa-kwa) /preserved vegetable/ Moroho o bolokiloeng ka ho omisoa
kapa ho hatsetsoa. Dijo tse tshireletsehileng kgahlanong le polo. /bon. Makoakoa/
Lekoala (le-kwa-la) /coward/ Motho ya tshabang ho loana; motho eo hangata a nang
le tshabo ya ntho tse sa tshoseng. /bon. Makoala/ (bap. Selehe, boi). Mael. Ha e lale
makoala re none: ha ho be le kgotso bakeng sa rona bohle ba ratang toka le kgutso;
ha kgotso e ate bakeng sa rona bohle. Mael. Habo lekoala ha ho lliwe (lloe): ho ba le
mahlale a ho phema kotsi kapa boemo bo ka bang kotsi ntle le ntoa kapa ho hlasela.
Lekoalata (le-kwa-la-ta) /testicle/ Setho sa bonna se ikarabellang bakeng sa ho etsa
dithoere; karolo ya setho sa mmele ya motho e motona, e pakeng tsa qalo ya dirope,
eo kooma e bapelaneng le yona. /bon. Makolota/ (bap. lerete).
Lekoatlakoatla (li-kwa-tla-kwa-tla) /running/ Modumo wa ho matha; motsamao o
potlakileng haholo. /bon. Makoatlakoatla/. (mm. Lekwatlakwatla).
Lekodikotoana (le-ko-di-ko-twa-na) /African Quail finch/ Mofuta wa nonyana e
ntle, e modumo o monate haholo; nonyana e etsang lekodulo ha e lla. /bon.
makodikotoana/. (mm. lekodukotwana, lekolikotoana).
Lekodulo (le-ko-du-lo) (lekodilo) /herdboy flute/ Mofuta wa seletsa se sebedisoang
ke badisana, se modumo wa nonyana ya lekodikotoana. /bon. makodilo/.
Lekodulo (le-ko-du-lo) /good song, rhythm/ Molodi wa lekodikotoana; modumo
kapa molodi o monate wa nonyana. /bon. Makodulo/ Tem. Lentsoe, “Lekodilo” le
lona le nepahetse joalo ka “lekodulo”.
Lekoeba (le-kwe-ba) /foam, buble/ Sephetho sa metsi a nang le sesepa ao ho
hlatsoang ka ona; bokahodimo ba ntho e metsi e nowang ha e tsitsinyeha; se etsoang
ke ho bela kapa ho tsitsinyeha hoa metsi a belang a nang le motsoako wa dijo,
moriana kapa ntho e itseng. /bon. Makoeba/ (bap. leloapi). (mm. Lekweba).
Lekoele (le-kwe-le) /beer preparation mixture/ Motsoako wa metsi a kopangoang
le phofo ya mmela o lokisoang ho etsa joala ba Sesotho ka ho kenya tomoso pele ho
etsoa setoto. /bon. Makoele/ (mm. makwele, lekwele).
Lekoenya (le-kwen-ya) /oil cake, fat cake/ Sejo sa koro se hadikiloeng ka mafura:
bohobe ba phofo ya koro bo entsoeng ka pitikoe ya hlama mme sa kengoa ka hara
mafura a chesang ho etsa sejo. /bon. Makoenya/ (mm. Lekwenya).
Lekoko (le-kaw-kaw) /hide/ Letlalo la phoofolo ha le etsoa phate ka mora ho suuwa;
letlalo la phoofolo le suuweng le sebedisoang joalo ka phate, kobo kapa moalo. /bon.
Makoko/ (bap. mokgahla) Mael. Ho suwa lekoko la puleng: ho etsa ntho kapa ketso
e hlokang mosola kapa e kekeng ya thusa ka letho. Tlh. Batho babang ba sebedisa
lerapo bakeng sa lekoko ha ba sebedisa maele ana.
Lekola (le-ku-la) /inspect/ Ho sheba boemo ba motho kapa ntho ka ho etsa
dipatlisiso; ho phenyokolla ka ho etsa diphuputso.
Lekoloa (le-ku-lwa) /inspected/ Boetsuwa ba ho lekola.
Lekoloane (le-ku-lwa-ni) /initiation school male candidate/ Motho e motona ya
boemong ba lebollo kapa ya mophatong wa polotso; motho e motona ya makgatheng
a ho qeta polotso kapa lebollo. /bon. makoloane/ (bap. setsoejane).
Lekolota (le-kaw-law-ta) /testicle/ Setho sa bonna se ikarabellang tlhahisong ya
dithoere; setho sa motho e motona se qetellong ya koma se jereng dithoere tsa ho
tsoadisa nakong ya thobalano. /bon. Makolota/ (bap. Lerete, lekoalata).
Lekomo (le-kaw-maw) /chart/ Puisano e ka thoko ho seboka kapa kopano; puo ya
lehomohomo kapa homohomotho. /bon. Makomo/ (bap. homotho).
Lekomonisi (le-kaw-maw-ni-si) /communist/ Motho ya nang le tumelo ya puso ya
bokomonisi: mokgoa, tumelo le moetlo o sebedisoang ke Lekomonisi kapa motho wa
naha ya Makomonisi. Moetlo wa ho beha maruo a naha mmusong le batho ba teng.
283
284
Lekopanyi (le-ko-pan-yi) /conjunction/ Lentsoe le kopanyang dipolelo tse pedi tsa
serapa kapa hofeta moo; lentsoe le qalang polelo kapa le kopanyang dipolelo joalo
ka: ana, ebe, ha, mohlang, mohlomong, hore, empa, hore, mme, empa, jj. (bap.
Sehokelo). Tem. Mantsoe, “lekopanyi” mmoho le “sehokelo” a bolela ntho e le
nngwe. Phapang ke hore “lekopanyi” ke lentsoe le sebedisoang haholosesothong sa
Afrika Borwa, ha “Sehokelo” e le lentsoe le sebedisoang sesothong sa Lesotho.
Lekope (le-ko-pe) (leqope) ?? // Mofuta wa seletsa sa Basotho sa sekgalekgale. /bon.
makope/. Batho babang ba kgetha lebitso “leqope” hofeta “lekope” ho ya ka dibaka
tsa Basotho.
Lekopo (le-kaw-paw) /giant forehead/ Phatla e kgolo haholo; hlooho e nang le
bokapele bo hlahelletseng haholo. /bon. Makopo/ (bap. phatla) Mael. Tshoene ha e
ipone lekopo: motho ha a bone diketso tsa hae tse mpe, empa o bona tsa babang.
Lekopokopo (le-ko-po-ko-po) /zink tin/ Nkgo e kgolo ya lesenke, ya dikgato tsa
metsi (litres) tse 20 eo hangata ho tsheloang phofo kapa metsi ho yona. (bap. emere).
Lekopotsi (le-ko-po-tsi) /beer can/ Setshelo se sebedisoang bakeng sa ho tshela joala
ba Sesotho. /bon. Makopotsi/ (bap. Lekotikoti, bolekana, sebatsana).
Lekote (le-ko-te) /solid soil, sod/ Mobu o thata; mobu o tiileng o hlahang ha ho
lengoa nakong tsa komello; mobu o thatafetseng. /bon. Makote/.
Lekotikoti (le-ko-ti-ko-ti) /small tin/ Setshelo sa lesenke se senyane se sebedisoang
bakeng sa ho noa kapa ho tshela ntho tse metsi. /bon. makotikoti/ (bap. mmolopita).
Lekotse (le-ku-tsi) /checked/ Bokgale ba ho lekola.
Lekotsoe (le-kuts-we) /checked/ Boetsuwa le bokgale ba ho lekola.
Lekuka (le-ku-ka) /water bag, paunch bag/ Mokotla wa setho o sebedisoang ho
tshela metsi, haholo nakong tsa maeto a malelele. /bon. Makuka/.
Lekukuno (le-ku-ku-naw) /discomfort zone/ Sebaka mmeleng moo ho nang le
tlhabo kapa boima bo etsang hore motho a utloe bohloko. /bon. makukuno/.
Lekula (le-ku-la) /Indian/ Moahi wa naha ya India ya buang enngwe ya dipuo tsa
naha eo, eo kajeno a fumanehang lefatshe ka bophara kapa bongateng ba dinaha tsa
lefatshe. /bon. Makula/ Tem. Ho na le kakanyo ya hore lebitso, “lekula” le na le
moelelo o tshoanang le “kafore”. Sena se bolela hore lebitso kapa lentsoe le
nepahetseng ke “Leindia” hofeta “Lekula”. (sheb. Leindia bakeng sa tahebediso).
Lekumane (le-ku-ma-ne) /piece/ Sekotoana sa ntho e itseng e hlephuhileng ho e
kgolo. Karolo e nyane e tsoang ho ntho e kgolo. /bon. Makumane/.
Lekunkuroana (le-kun-ku-rwa-na) /cape turtle dove/ Mofuta wa nonyana ya lelapa
la leebana, e bosootho bo bothokoa ebile e na le mmala o motsho molaleng; e
phelang haholo naheng, haholo merung. /bon. Makunkuroana/.
LEKUNKUROANA (LEKUNKURWANA)
Lekunutu (le-ku-nu-tu) /secret/ Taba e sa tlamehang ho tsejoa; taba kapa ketsahalo e
sa hlokeng phatlalatso kapa pepeso. /bon. Makunutu/ (bap. pinyane, koma).
Lekuroana (le-ku-rwa-na) /bold headed/ Hlooho e hlokang moriri; hlooho e
beotsoeng ka lehare; bosio ba moriri hloohong. /bon. Makuroana/ (bap. lefatla,
lebero, leberoana) (mm. Lekurwana).
284
285
Lekuru (le-ku-ru) /bold head/ Hlooho e hlokang moriri; hlooho e beotsoeng ka
lehare; bosio ba moriri hloohong. /bon. Makuru/ (bap. lefatla).
Lekwerekwere (li-kwe-re-kwe-re) /foreigner, allien/ Motho wa naha enngwe Afrika
Borwa; letsoantle ha le hlalosoa ke ba bang ba matsoalla a Afrika Borwa; motho eo
eseng moahi wa Afrika Borwa wa tlhaho. /bon. Makwerekwere/ Tem. Lebitso lena
“lekwerekwere” lea roneha ho ya ka batho ba bitsoang joalo. Ho ya ka bona, lebitso
lena le tshoana le “kafore”. (bap. kafore, lekula).
Lela (li-la) /intestine/ Setho sa mmele se ka mpeng, se tsamaisang dijo kapa dino ka
mora phello ya qoqotho. Setho sa mmele se fumanong ka mpeng ya motho kapa
phoofolo se ikarabellang bakeng sa ho jara dijo, ho di tsamaisa le ho kenya maro a
itseng a tsoang mabopong a ona. /bon. Mala/.
Lela (le-la) /to cry/ Ho ntsha sello ka molomo ka baka la bohloko ba leqeba kapa ho
lahleheloa; ho bontsha ho hlonama ka ho ntsha dikgapha; ho ntsha dikeledi ka baka la
bohloko ba pelo; ho bontsha bohloko ka baka la ho etsoa hampe. (bap. lla).
Lelakabe (le-la-ka-be) /flame/ Ponahalo ya mollo e sebopeho se sekgubedu; boteng
ba mollo. /bon. malakabe/.
Lelahleloa (le-la-hle-lwa) // Lentsoe leo boteng ba lona bo matlafatsang polelo ka ho
bontsha tumelo, khanyetso, maikutlo a kameho kapa taelo. Mohl. Hela! Kgutla moo.
E , kea tsamaya. Monna, o ya kae? /bon. malahleloa/ (bap. lekgotsa).
Lelala (le-la-la) /stare upwards/ Ho shebisa mahlo hodimo; ho tadima nqa ya
lehodimo kapa hodimo. /bon. Lelalang/.
Lelaletsa (le-la-le-tsa) /stare towards, look upwards/ Ketsiso ya ho lelala: ho sheba
ka ho lebisa mahlo hodimo kapa nqa e phahameng.
Lelana (le-la-na) /appendicitis, appendix/ Karolo kapa setho sa mmele se
fumanoang qetellong ya mala a maholo, eo ha dijo di ka kena ho yona ntle le ho tsoa
e bakang bokudi. Bokudi kapa lefu le joalo. /bon. 0/.
Lelapa (le-la-pa) /family/ Sebaka seo eleng lahae la batho ba phelang mmoho; batho
ba amanang ka tsoalano kapa lenyalo. Kopano ya batho ba amanang. Baamani kapa
seng ka wena ntlong kapa moahong o le mong. /bon. Malapa/ (bap. motse). Mael.
Lefu ke ngoetsi ya malapa ohle: ho shoa ho etsahala ho mang le mang; ho hlokahala
kapa ho shoa ho etsahala ho bohle.
Lelapi (le-la-pi) /cloth/ Lekumane la lesela; lesela le lenyane haholo. /bon. malapi/.
Lelata (le-la-ta) /foreign word/ Lentsoe kapa moelelo o tsoang puong esele kapa ya
badichaba; lentsoe leo eseng la semelo puong e tloaelehileng. /bon. Melata/. Mohl.
Akgente=agent, aletare=altaar, areka=ark, asene=asyn, banka=bank, beke=week,
bere=bear, bereka=werk, boleke=blik, boloukomo=bluegum, borokgo=brug,
chencha=change, eiee=uie, emere=emmer, erekisi=ertjie, fane=van, fereha=vry,
hora=hour, kgarafu=graaf, kuku=koek, kolota=skuld, lebekere=beker, jj.
Lelatodi (le-la-tu-di) /opposite/ Lentsoe le hanyetsanang le leleng: Lentsoe le
bontshang phapang ho leleng; lentsoe, lereho kapa lebitso le hanyetsanang le leleng;
lentsoe kapa lebitso le kgahlanong le leleng. Mohl. Hodimo=tlase, hole= haufi,
kgutshoane= telele, jj. (bap. lefetodi).
Lelatsa (le-la-tsa) /stare upwards/ Ketsiso ya ho lelala: ho etsa hore mahlo a shebe
hodimo. Ho lebisa leihlo kapa mahlo nqa ya sebaka se phahameng.
Lelebe (li-le-be) /libia minora/ Ditho tse bonojana tsa bokahare ba setho sa motho e
motshehadi kapa phoofolo e tshehadi. Nama tsa nnyoana. /bon. Malebe/.
Lelefala (le-le-fa-la) /enlongate/ Hoa puo, ntho kapa ketsahalo: ho ba telele; ho ya
lolololo; ho nka nako e ngata. Ho etsahala molebe. Ho ba telele.
285
286
Lelefalo (le-le-fa-law) /enlongating/ Ketso ya ho lelefala: boemo kapa sebopeho sa
ho ba telele; ho ya lolololo; ho nka nako e ngata. Ho ba telele.
Lelefatsa (le-le-fa-tsa) /prolong/ Ketsetso ya ho lelefala: ho etsa hore ntho, puo kapa
ketsahalo e be telele, e nke nako e ngata.
Lelefatso (le-le-fa-tsaw) /prolonging/ Ketso ya ho lelefatsa: mokgoa wa ho etsa hore
ntho, puo kapa ketsahalo e be telele, e nke nako e ngata.
Leleiri (le-le-i-ri) /napkin/ Seaparo se aparoang ke lesea kapa lekgabunyane le so
kgoneng ho ithusa. Seaparo se aparoang ke motho ya ikakelang; lesela le aparoang ke
motho ya ithomang. /bon. Maleiri/.
Leleka (le-le-ka) /expel, to fire, terminate/ Ho tlosa motho sebakeng seo a dulang
ho sona; ho tebela kapa ho ntsha motho moahong kapa mosebetsing; ho poma
tshebedisano mokgeng, sehlopheng kapa mokgatlong; ho fedisa dikamano le.
Leleka (le-le-ka) /expatriate/ Ho tlosa motho wa molata naheng eo eseng ya habo ka
ho mo isa naheng ya habo kapa lefatsheng la habo.
Lelekela (le-le-ke-la) /lead, precede, usher, preside over/ Ho bontsha tsela; ho ba
ka pele ka ho etsa dintho; ho etsa mosebetsi wa moetapele; ho ba pulamadiboho; ho
tshoara teu; ho itlhaba pele ka boemo; ho etsa selelekela.
Lelekisa (le-le-ki-sa) /run after, go after/ Ho matha ka mora motho kapa ntho e
itseng ka sepheo sa ho e tsoara; ho mathisa ka morero wa ho qhautsa. Mael. Hlathe e
lelekisa tsebe: ponahalo ya ho thaba kapa ho bontsha ho kgotsofala ha ho etsahala
ketso e itseng.
Lelele (le-le-le) /tall/ Hoa ntho: e phahameng ho ya hodimo; e sebopeho se seholo ha
e hlalosoa ka bophahamo ba yona. (bap. telele). Tlh. Ho na le phapang pakeng tsa
mantsoe, “lelele” le “lelelele”.
Lelelele (li-le-le-le) /of a thing: tall or long/ Hoa ntho, sebopeho kapa boemo boo
lebitso la bona le qalang ka tlhaku “L”: bo nang le chebahalo e telele; e nang le
sebopeho se yang hodimo haholo; e nkang nako ho fihlelloa ka lebaka la bolelele ba
yona. Mohl. Ke tsamaile leeto le lelelele haholo. Letlalo la tlou le lelelele ha le
phuthollotsoe. Lebitso lena, mmamokgodutsoanehadi le lelelele haholo. Tlh. Ho na
le phapang pakeng tsa mantsoe, “lelele” le “lelelele”.
Leleleng (li-li-li-ng) /one thing, one day, same day/ Ka nako e tshoanang ya letsatsi;
ka motsotso kapa hora e le nngwe ya letsatsi. Mohl. Bana ba hlahileng ka letsatsi
leleleng ba bitsoa mafahla. Ke qetile mosebetsi ka letsatsi leleleng ka hora tse pedi.
Ke batla leleleng feela. Re nkile letsatsi leleleng ho tloha Maseru ho ya Matoabeng.
Ke lehehemu leleleng feela le setseng motseng wa ha Sebophe.
Leleme (li-li-mi) /tongue/ Setho sa mmele se fumanoang ka hara lehano se thusang
bakeng sa ho bua, ho koenya le tlhafuno ya dijo. /bon. Maleme/ Mael. Motho ya
leleme: motho ya leshano haholo. Mael. Ho ba leleme: motho ya buang ka batho
babang bosiong ba bona. Ho ba leshano. Mael. Ho ba mathe le leleme: ho ba le
setsoalle se seholo le. Ho utloana haholo le. Mael. Ho anya leleme: ho nonya
maikutlo; ho batla taba ka ho botsa potso e itseng. Mael. Ho ala leleme phate: ho bua
taba ka tsela e sa utloahaleng; ho ba tshopodi ka puo; ho se hlalose ka tsela e
utloahalang hantle.
Lelemela (le-le-me-la) /palatable, nectereous/ E monate ha e jewa; e theohelang ha
bonolo mmetsong ka baka la monate wa yona. (bap. monate).
Lelemela (//) /easy going/ Hoa motsamao kapa ketsahalo: o bonolo, o monate.
Leleng (le-li-ng) /other one, another one, each one/ Enngwe hape ntle le e
boletsoeng; le ka boleloang kapa la bitsoa ntle le leo le seng le bitsitsoe. (bap.
seseng, bobong, tseding, emong, babang, enngwe, omong) Tem. Lentsoe lena
286
287
“leleng” le na le moelelo o fapaneng haholo le “le leng” (that is). Mael. Lehlaahlela
le lla ka leleng: batho ba tlemeha ho thusana ho phethahatsa morero o itseng.
Lelente (li-len-te) /ribbon/ Mofuta wa lesela le letle le sebedisoang bakeng sa
mekgabiso e fapaneng. /bon. Malente/ (mm. Mmamalente).
Lelepa (li-li-pa) /puzzle/ Se qhaqhollotsoeng ebe se a lokisoa ho aha sebopeho se
itseng; puo kapa ketso e thata ho e hlalosa kapa ho e lokisa. Puo kapa boemo bo thata
haholo ho bo hlalosa. /bon. Malepa/ (bap. selotho).
Lelera (li-li-ra) /wander/ Ho tsamaya hohle ka sepheo se sio; ho sollaka hohle ka
morero o sa bonahaleng. (bap. moleleri).
Leloala (le-lwa-la) /grinding machine/ Mochini o silang poone, mabele kapa koro
ho e etsa phofo; omong wa mechini o sebedisoang bakeng sa ho haila kapa ho sila.
Leloangloahla (le-lwan-lwa-hla) /debris, wreckage/ Ntho tse setseng ebile di hasane
ka mora sefefo, ho reketla hoa lefatshe kapa sekgohola se matla; ntho tse
soahlamaneng ka mora ho wa hoa meaho kapa ho qhoma hoa diqhomane. (bap.
maloangloahla). (mm. Lelwanglwahla). Tem. Lentsoe lena le sebedisoa le le ka
bongateng hangata le ha le na le bonngwe.
Leloapi (le-lwa-pi) /juicy thick crust/ Thatafalo ya bokahodimo ba ntho e metsi;
seemo se ka hodimo se tiileng sa ntho e lero seka metsi. /bon. maloapi/ (bap.
lekoeba, okola).
Leloele (le-lwe-le) /red-hot poker/ Mofuta wa semela se lekala leleleng le
otlolohileng, le mahlaku a manyane hofeta lekala; le behang dipalesa tse kgubedu, tse
motsu tse nang le ponahalo ya ho hlaba. /bon. Maloele/. (mm. Lelwele).
Lelofa (le-law-fa) /loafer, absenteeist/ Motho ya atisang ho ba sio mosebetsing;
motho ya dutseng hae a sa sebetse. /bon. Malofa/ Tem. Lentsoe lena, “lelofa” le
tshoana le sothofatso ya lentsoe, “loafer” eo ka puo ya Sesotho eleng: “sekgoba”.
Leloko (le-lu-ku) /family member/ Motho eo eleng wa lelapa ho ya ka tsoalano kapa
kamano; motho eo eleng wa sehlopha sa lelapa ka morabe. /bon. Baleloko/.
Leloko (le-lu-ku) /generation, posterity/ Batho ho ya ka tlhatlhamano ya lelapa ho
tloha ho bonkgono le bontatemoholo ba shoeleng ho fihlela hona joale. Batho ho ya
ka letlobo la sekgalekgale ho fihla ho la kajeno. /bon. meloko/ (bap. moloko) Tem.
Bongata ba lentsoe lena, “leloko” le a fapana ho ya ka moelelo: bongata ba batho ba
lelapa ke “baleloko” ha tlhatlhamano ya lelapa e le “meloko”.
Lelomolo (le-lo-mu-law) /holiday/ Letsatsi la phomolo leo ka lona ho etsoang
sehopotso sa letsatsi leo honeng ho etsahala diketso tse itseng tse mabapi le bochaba,
sechaba kapa bodumedi bo itseng. /bon. malomolo/.
Lelomolo (le-lo-mu-law) /cultural event, festival/ Ketsahalo ya setso eo ho yona ho
hlajoang phoofolo, le ho ritela joala, le ho mema batho ho phethahatsa moetlo o
itseng wa sechaba se itseng; phethahatso ya moetlo joalo ka ho tlosa seqoma, ho
kgusa ngoana, ho roala kapa ho rola thapo, ho hlajoa hoa kgutshoane ya nku ya kwae
bakeng sa ngoetsi e ncha, jj. Phethahatso ya phahlo. /bon. malomolo/ (bap. moetlo).
Lelora (le-law-ra) /mountain sage, buddleya salviifolia/ Mofuta wa sefate se melang
matsatseng, dithabeng kapa pela dilomo, se sebedisoang joalo ka patsi. /bon. malora/.
Lelothoane (li-lawt-hwa-ni) /wild sage, buddleja albomaculata/ Semela se hlaha sa
naha seo mahlaku a sona anang le ho sebedisoa joalo ka moriana. /bon. malothoane/.
Lema (li-ma) /plough, cultivate/ Ho etsa hore mobu o be boemong ba ho kenngoa
peo kapa dijalo ka ho o phetola ka mohoma; ho etsa hore mobu o medise dijalo.
Lema (le-ma) /spite/ Ho etsa ketso e itseng ho motho ka sepheo sa ho mo utloisa
bohloko; ho etsa ketso ho motho ka morero wa ho hlokofatsa. (mm. Lemme).
Lemaditse (le-ma-di-tse) /injured/ Bokgale ba ho lematsa.
287
288
Lemaditsoe (le-ma-di-tswe) // Boetsuwa le bokgale ba ho lematsa.
Lemala (le-ma-la) /injure/ Ho utloa bohloko ka ho ntsha kotsi; ho tsoa leqeba ka
baka la ho otloa kapa ho ntshoa kotsi ke ketsahalo e itseng.
Lemanamana (le-ma-na-ma-na) /alternanthera punges/ Mofuta wa semela se
hlahang hae, se holang ka ho manama kapa phukallang fatshe, ebile se ka sebedisoa
joalo ka moriana o fokotsang ho hlatsa. /bon. mamanamana/.
Lemao (le-ma-u) /pin/ Sesebedisoa se sebedisoang bakeng sa ho qhoaela kobo kapa
seaparo se itseng; sesebedisoa se sebedisoang bakeng sa ho kopanya seaparo;
sekopanyi sa seaparo. /bon. Mamao/ (bap. leqhoae). Mael. Lemao le ntlha pedi:
motho ya qabanyang babang kapa metsoalle ka ho bua dipuo tse fapaneng bathong
bao. Moqabanyi. Mael. Ho hlaba kgobe ka lemao: ho iketla kapa ho ja ha monate.
Lemati (le-ma-ti) /door/ Sebaka sa moaho kapa ntlo moo ho kenoang teng se
bulehang le ho koaleha. Bokeno ba monyako, moaho kapa ntlo se bulehang le ho
koaleha ha se sututsoa kapa se huloa. /bon. Mamati/ (bap. monyako).
Lematsa (le-ma-tsa) /to injure/ Ho ntsha kotsi ka ho etsa leqeba kapa ho holofatsa
setho se itseng sa mmele; ho utloisa bohloko ka ho otla kapa ho natha.
Lematsoa (le-ma-tswa) /injured/ Boetsuwa ba ho lematsa.
Lemeha (le-me-ha) /ploughable/ Ketsahalo ya ho lema: ho etsa hore mobu o be
boemong ba ho kenyoa peo kapa dijalo; ho etsa hore mobu o medise dijalo.
Lemena (le-me-na) /trap, den/ Ntlo ya tau kapa bodulo ba ditau. Sebaka seo
nyamatsana e dulang teng. /bon. Mamena/.
Lemenemene (le-me-ne-me-ne) /trickster, conman, imposter/ Motho ya jalletsang
ba bang; motho wa diketso tse qhekanyetsang; motho ya tloaelehileng ka
bomenemene. /bon. Mamenemene/.
Lemeno (le-me-naw) /folding/ Sebaka seo seaparo se fellang teng; moo seaparo kapa
kobo e mennoeng teng. /bon. Mameno/ (bap. lefito, leqola).
Lemina (le-mi-na) /mucous/ Seka metsi kapa lero le tsoang nkong ha motho a
tshoeroe ke sefuba; seka metsi a nko a bonahalang ha motho a kula, haholo ya
tshoeroeng ke sefuba. /bon. Mamina/ (bap. mina).
Lemme (lem-me) // Bokgale ba ho lema. (bap. lenngoe).
Lemoha (le-mu-ha) /observe, realise, recognize/ Ho hlokomela ketsahalo kapa
ketso e itseng; ho ba hlokolosi ka se etsahalang. Ho bontsha temoho.
Lemohile (le-mo-hi-le) /realised, recognized/ Bokgale ba ho lemoha.
Lemokgolo (le-maw-kgu-lu) /century/ Dilemo tse lekgolo; mashome a leshome a
dilemo. /bon. dilemokgolo/.
Lemosa (le-mu-sa) /make aware/ Ho etsa hore motho kapa ntho e hlokomele
ketsahalo kapa ketso e itseng; ho bontsha ka ho thibela phoso e ka etsoang.
lempara (lem-pa-ra) /stretcher/ Sesebedisoa se sebedisoang bakeng sa ho nka kapa
ho kuka mokodi. /bon. mampara/.
Lempeshe (lim-pe-she) /chameleon/ Mofuta wa sehahabi, seka mokgodutsoane, o
lenama, o fetolang mmala wa ona ho ya ka sebaka. /bon. Mampeshe/ (bap. lenoabo).
Lemuloana (le-mu-lwa-na) /rally, convention, congress/ Kopano ya batho eo
sepheo sa yona eleng ho tshohla dipolotiki; seboka seo ho buang ka tsoelopele le
ntshetsopele ya mokga wa dipolotiki. /bon. mamuloana/ (bap. mmoka, sehlopha).
Lena (le-na) /this one/ Lesupa le bontshang ntho e haufinyane ya lebitso le qalang ka
“L”. Lentsoe le supang ntho e haufi.
Lenaila (le-na-ila) /hairy legs/ Hoa phoofolo, haholo pitsi: e maoto a boya; e tletseng
moetse kapa boya bo bolelele maotong; e maoto a makgisa. /bon. Manaila/.
288
289
Lenaka (le-na-ka) /horn/ Seka lesapo le hlahang hloohong kapa sefahlehong sa tse
ding tsa diphoofolo, se sebedisoang bakeng sa ho loana kapa ho itshireletsa; lesapo le
hlahetseng hloohong ya phoofolo. /bon. Masapo/.
Lenakana (le-na-ka-na) /antenna/ Seka lehlokoa le bonojana, le tsitsinyehang le
hlahang hloohong ya mefuta e meng ya dikokoanyana. /bon. manakana/.
Lenala (le-na-la) /nail/ Seka leshoetla le hlahang qetellong ya monoana; lesatjoana le
hlahang qetelong ya monoana bakeng sa ho o tshireletsa. /bon. Manala, dinala/ Mael.
Ho ikenya tshotso dinaleng: ho ikenya hara mathata; ho ipakela bothata kapa
mahlomola.
Lenama (le-na-ma) /slow/ E etsang dintho butle; e sebetsang, tsamayang kapa buang
ntle le potlako kapa matjato. (bap. lesisitheho, butle).
Lenane (le-na-ni) /sequence, chronology, order/ Tsela kapa sebopeho seo ntho di
hlophisoang ka tatellano ka yona. /bon. Manane/.
Lenanenetefatso (le-na-ni-ni-ti-fa-tso) /checklist/ Lethathama la ntho tlamehanh ho
etsoa pele ho qaloa ho etsa mosebetsi kapa ketso e itseng. /bon. mananenetefatso/.
Lenaneo (le-na-neo) /programme/ Ketsahalo e hlophisetsoeng ho etsahala ka nako e
kgethiloeng. /bon. Mananeo/.
Lenanethuto (le-na-ne-thu-taw) /syllabus/ Karolo ya thuto eo eleng yona e
tlamehang ho baloa le ho rutoa selemong se itseng. /bon. Mananethuto/.
Lengae (le-ng-a-e) /song track, song number/ Pina ha e kgethoa kapa e qolloa hara
tse ding tse ngata; pina ho ya ka tatellano ya tsona. Pina e binoang ke lekoloane ka
mora ho tsoa mophatong. /bon. Mangae/.
Lengae (le-ng-a-e) /circumcision ceremony song/ Pina e binoang ke lekoloane ka
mora ho tsoa mophatong. /bon. Mangae/.
Lengana (le-nga-na) /wormwood, Artemisia afra/ Mofuta wa semela se monko o
monate, o bohale, o botala bo bothokoa, se hlahang matsoapong, se sebedisoang joalo
ka moriana wa mafu a fapaneng. /bon. Mangana/.
Lengangajane (le-ng-ang-aja-ni) /try fruit/ Tholoana e omisitsoeng; tholoana e
thatafaditsoeng ka letsatsi. /bon. Mangangajane/ Tem. Batho ba bangata ba sebedisa
lentsoe lena le le ka bongateng le ha le na le bonngwe.
Lengangane (le-nga-nga-ni) /Hadeda Ibis/ Mofuta wa nonyana, seka lekgoaba, e
ntsho e ngangaetsang ha e lla, ya lelapa la mokgotlo. /bon. Mangangane/ (mm.
Lengaangane).
Lengau (le-nga-u) /leopard/ Mofuta wa phoofolo, seka katse kapa qoabi, e dulang
meferong, e mmala o mosehla le matheba a matsho, o phelang ka ho tsoma
dinyamatsana tsa naha. /bon. Mangau/ (bap. nkoe).
Lengawana (le-nga-wa-na) /cheetah/ Mofuta wa phoofolo, seka langau, o mosesane
ka mmele, o lebelo haholo, o mmala o mosehla le matheba a matsho joalo ka lengau,
o phelang naheng ka ho tsoma dinyamatsana. /bon. mangawana/
Lengele (le-nge-le) /tranquility, lull, calm / Nako eo ho thotseng haholo ka yona;
nako ya tlhokeho ya lerata le morusu. (bap. lenyele) Tlh. Batho babang ba bitsa
lentsoe lena, “lenyele” bakeng sa “lengele”.
Lengeloi (le-ng-e-loi) /angel/ Sebupuwa seo ho nahanoang hore se dula lehodimong
le Modimo; sebupuwa sa semoya, se nang le ponahalo ya kganya, se nang le mapheo
kapa ponahalo e joalo. /bon. Mangeloi/ Tlh. Lentsoe le nepahetseng ke “lengeloi”
hofeta “lenyeloi”. Tem. Ha ho tlosoa tlaku ya pele eleng “L” ya lentsoe lena,
“lengeloi” mmoho le tlhaku tse pedi tsa ho qetela “oi”, ho sala “engel”, mme sena se
ka netefatsa hore lebitso lena ke la molata “angel”.
289
290
Lengeloi (le-ng-e-loi) /well mannered lady/ Motho, haholo wa mosadi kapa e
motshehadi, e motle, ya hlokang dikgang ebile a le diketso tse ntle tse ratoang ke
monna wa hae kapa batho le sechaba ka kakaretso. /bon. mangeloi/.
Lengenengene (le-nge-ne-nge-ne) // Seetsoa se kentsoeng majoana a masesane, se
bakang modumo ha se tsitsinyoa nakong ya mmino. Seletsa sa mmino seka kgetsi ya
maiketsetso, e tshetsoeng majoana a bakang modumo o moholo. /bon.
Mangenengene/. (bap. Morutlhoane, leshohleshoehle).
Lengesemane (le-ng-isi-ma-ni) /Englishman/ Moahi wa England ya buang
senyesemane, ya hlahetseng naheng eo. /bon. Mangesemane/ (bap. lenyesemane).
Lengetane (le-ng-eta-ni) /pottery/ Seetsoa sa letsopa se thubehang joalo ka nkgo,
mopotjoane, leritshoana le tseding. /bon. mangetane/.
Lengetse (le-nge-tse) /head ornament/ Ntho e sebedisoang ho kgabisa hlooho joalo
ka boya ba molala wa pitsi, boditsi kapa masiba a nonyana e ntle. Mokgabiso kapa
mokgabo wa hlooho kapa karolo enngwe ya mmele. /bon. mangetse/ (bap.
lenyetse).
Lengoaparela (le-ng-wa-pa-re-la) /metacarpus, metacarpal/ Leleng la masapo a
manyane a mangata, a letsoho, pele ho menoana, le thusang tshotheho le tsitsinyeho e
ntle ya letsoho. /bon. Mangoaparela/ (bap. lenoanyetso) (mm. Lengwaparela).
Lengoele (le-ngwe-le) (lengole) /knee/ Lesapo le pakeng tsa serope le mmomo le
etsang hore leoto le kobehe mme le kgone le ho laola motsamao; setho sa mmele seo
ho kgumangoang ka sona. /bon. Mangoele/ Tlh. Batho babang ba bitsa lentsoe lena
“lengole” ho ya ka dibaka tsa Basotho. (mm. Lengwele).
Lengole (e-ng-ole) /knee/ Lesapo le pakeng tsa serope le mmomo le etsang hore
leoto le kobehe mme le kgone le ho laola motsamao; setho sa mmele seo ho
kgumangoang ka sona. /bon. Mangole/ Tlh. “Lengole” le „lengoele” ke ntho e le
nngwe: phapang ke tsela eo e bitsoang ho ya ka dibaka.
Lengolo (le-ngo-law) /letter/ Molaetsa o ngotsoeng bakeng sa ho baloa; mongolo o
ngotsoeng ho fana ka molaetsa o itseng joalo ka taba, pale, tshomo kapa ketsahalo; se
ngotsoeng leqhepheng kapa pampiring joalo ka molaetsa. /bon. Mangolo/
Lengolo (//) /qualification/ Leqhephe le thata le pakang boemo ba motho ba thuteho
ya mocha o itseng wa thuto; bopaki bo ngotsoeng ba thuteho. /bon. Mangolo/.
Lengope (li-ng-aw-pe) /gully, donga/ Mokoti seka phulama e kgolo e bakoang ke
khoholeho ya mobu o mongata ke metsi; sebaka se chekehileng ka baka la khoholeho
ya mobu mme se tsamaya metsi a manyane hofeta a noka. /bon. Mangope/. Mael. Ho
ntsha mosi ka lengope: ho phinya kapa ho tshoinya.
Lengosa (li-ng-usa) /messenger, representative/ Motho ya emelang emong bakeng
sa ho mmuella kgotla; motho ya sebetsang joalo ka morumuwa ho etsa mosebetsi
bakeng sa motho emong; motho ya emelang emong lekgotleng la dinyewe joalo ka
mmuwelli. /bon. Maqosa/ (bap. moemedi). Tlh. Lentsoe “leqosa” le “lenqosa” a na
le moelelo o tshoanang, phapang ke dibaka tseo Basotho ba dulang ho tsona le ha ka
sesotho sa naha ya Lesotho ho sebedisoa lentsoe lengosa haholo.
Lenkoane (lin-kwa-ni) /gully/ Mokoti seka phulama e kgolo e bakoang ke khoholeho
ya mobu o mongata ke metsi; sebaka se chekehileng ka baka la khoholeho ya mobu
mme se tsamaya metsi a manyane hofeta a noka. /bon. Mankoane/.
Lenkoane (lin-kwa-ni) /gully person/ Moahi wa mankoaneng: motho ya dulang
motseng o tletseng mangope. /bon. mankoane/.
Lenkunkuroane (len-kun-ku-rwa-ne) /Turtle-Dove/ Mofuta wa nonyana ya lelapa
la leeba kapa letsibana. /bon. mankunkuroane/ (mm. lenkukurwane).
Lenngoe (len-ng-we) (lenngwe) // Bokgale le boetsuwa ba ho lema.
290
291
Leno (le-nu) /that one/ Lesupa le bontshang ntho e hojana eo lebitso la yona le
qalang ka “L”. /bon. Ano/ Mohl. Lejoe leno ke la morall.a
Leno (le-nu) /yours: of nouns starting with “L”/ Seemedi se bontshang hore thuo
kea mmuuwa kapa moetsuwa. /bon. Tseno/ Mohl. Lelapa leno le hloekile. Leno lona
le ikgetha hara amang. Leno lona ke a le tseba.
Lenoabo (le-nwa-bu) /type of chameleon/ Mofuta wa sehahabi, seka
mokgodutsoane, o lenama haholo ka motsamao, o phelang difateng kapa dihlahleng
tse kgolo ka ho kola dikokoanyana, o fetolang mmala wa ona ho ya ka sebaka seo o
leng ho sona. /bon. Manoabo/ (bap. lempeshe).
Lenoanyetso (len-wan-ye-tso) /bone joint dislocation/ Sebaka seo lesapo leleng le
arohaneng le leleng ka lebaka la ho tsoa kotsi, ho lemala kapa ho noanyetseha. /bon.
Manoanyetso/ (bap. lengoaparela).
Lenoanyetso (len-wan-ye-tso) /arthritis/ Lefu le hlaselang sebaka seo masapo a
kopanang teng ka lebaka la ho fokola hoa lefufuro. /bon. Manoanyetso/.
Lenoanyetso (len-wan-ye-tso) /metatarsal, metatarsus/ Setho kapa bohato ba leoto
moo ho fumanoang masapo a manyane, a mangata ebile a teteane bakeng sa ho thusa
motsamao o tsitsitseng. Leleng la masapo a manyane a bohato ba leoto, a mangata,
ka mora leqaqailane. /bon. Manoanyetso/ (bap. lengoaparela).
Lenong (le-no-ng) /vulture/ Nonyana e kgolo, e hlooho e lekuroana hangata, e
phelang ka ho ja setopo sa phoofolo kapa ntho tse shoeleng le tse bodileng, e dulang
naheng, dilomong. /bon. Manong/ Mael. Ngoana moshanyana ke kabeloa manong:
motho e motona o lokeloa ke ho fuwa mathata ohle le ha ho sa kgonahale.
Lenonyane (le-non-ya-ne) /vulture/ Mofuta wa nonyana, seka lenong, o hlooho e
lekuroana mmoho le molala o hlokang masiba, e mapheo a maholo, e dulang
dilomong tsa dithaba, e phelang ka ho ja ntho tse shoeleng. /bon. Manonyane/ (bap.
ntsu, ntsukobokoo).
Lenqosa (lin-qu-sa) /messenger, representative/ Motho ya emelang emong bakeng
sa ho mmuella; motho ya sebetsang joalo ka morumuwa ho etsa mosebetsi bakeng sa;
motho ya emelang emong lekgotleng la dinyewe. /bon. Manqosa/ (bap. moemedi).
Lento (len-tu) /foot/ /bon. manto/ (sheb. Leoto bakeng sa tshebediso).
Lentsoe (lin-tswe) /word/ Modumo o ngotsoeng wa eng kapa eng e bontshang puo
efe kapa efe; modumo wa puo ya molomo o ngotsoeng ebile o ka hlalosoa; modumo
o etsang puo kapa polelo mme o ngoloa bakeng sa ho baloa le ho ruta ba batlang ho
tseba ho ngola le ho bala. /bon. Mantsoe/ Mael. Lentsoe la morena le haeloa lesaka:
seo morena kapa motho e moholo a se buang se tlameha ho ananeloa le ho hlonchoa.
Lentsoe (lin-tswe) /voice/ Modumo o etsoang ke molomo ho ntsha puo e nang le
moelelo; modumo o etsoang ke leleme, qoqotho le molomo ho etsa pina; modumo wa
leleme le molomo ha ho binoa. /bon. mantsoe/.
Lentsoe (//) /word of God, sermon/ Thero ya phutheho ya kereke ha ho baloa bibele
ke moruti kapa motho ya balang ka taba tse monate tsa bibele e halalelang; phano ya
ditaba tsa Modimo ho ya ditemana le dikgaolo tsa bibele. /bon. 0/.
Lentsoeta (lents-we-ta)/common platanna, xenopus laevis/ Mofuta wa senqanqana
se sebopeho sekang sa lehe, se thellang haholo; se nang le ponahalo e bosootho bo
maroboko; se mangoaparela a matsho; se fumanoang haholo Afrika Borwa mmoho
le naheng ya Lesotho metsing a dinoka, dikooetsa le matamo ebile se dula dibakeng
tseo hofeta naheng. /bon. Mantsoeta/
291
292
LENTSOETA
Lenya (len-ya) /impurity, abomination/ Se sa hlokahaleng mmeleng wa motho;
ketso e ditshila ha e etsoa ke motho kapa e etsahala ho motho. /bon. Manya/ (bap.
manyala).
Lenyai (len-yai) // Mokopu o monyane o so tiing kapa o so butsoeng. /bon. Manyai/.
Lenyala (len-ya-la) /abomination/ Se ditshila pela mahlo a Modimo; se sa lokang ha
se etsoa ke motho; se kgesehang ha se etsoa ke motho; sebe se etsoang ke motho se
mo ronang. (bap. manyala). Tem. Lentsoe lena, “lenyala” le sebedisoa le le ka
bongateng hangata joalo ka “manyala”. “Lenya” ke lentsoe la kgale la Sesotho le
sebedisoang haholo Bibeleng.
Lenyalo (len-ya-law) /marriage/ Kopanyo ya monna le mosadi e phethahatsoang ka
ho etsa lelomolo; ho dula mmoho, semmuso, hoa motho e motshehadi le e motona
bakeng sa ho phedisana bophelo bohle. Mokete o joalo. Tem. Ka Sesotho, pokano
kapa thobalano ntle le lenyalo ha e dumelloe. /bon. Manyalo/ (bap. nyalo).
Lenyatso (len-ya-tso) /contempt, underestimation/ Ketso ya ho nyatsa: ho bontsha
tello kgahlanong le; ho nkela motho fatshe ka baka la boemo ba hae; tlhokahalo ya
tlhompho kgahlanong le. /bon. 0/.
Lenyatso (len-ya-tso) /undermining/ Boemo ba ho nyatsa kapa ba ho bontsha tello;
ketso ya ho nyatsa; mokgoa wa ho nkela babang fatshe ka baka la boemo ba bona;
tloaelo ya monyatsi le ho halala motho emong; ho nyatsa ka baka la bonyane kapa
boemo ba mmele kapa sebopeho. /bon. 0/.
Lenyeka-thipa (len-ye-kat-hi-pa) /risk taker/ Motho ya sa tshabeng ho etsa ketso e
kotsi; motho ya lebanang le kotsi sefahla mahlo. /bon. Manyeka-thipa/
Lenyekethe (len-ye-ket-he) /salt/ Senoko se sesoeu, seka phofo, se sebedisoang ho
tsheloa dijong hore di be le tatso e letsoai. /bon. Manyekethe/ (bap. letsoai).
Lenyela (len-ye-la) /excrement, shit/ Sejo se tsoang ka sebono se sa sebedisoang ke
mala kapa mmele; manyala a hlatsitsoeng ke sebono, a sa hlokoeng ke mmele; lesepa
ha le nyeloa. /bon. Manyela/ Tlh. lentsoe lena, “lenyela” le sebedisoa le le ka
bongateng hangata joalo ka “manyela”. (bap. masepa, makaka).
Lenyele (len-ye-le) /tranquility, lull, calm/ Nako ya kgutso e kgolo; tlhokahalo ya
lerata le morusu; bosio bo boholo ba modumo. /bon. 0/ Tlh. Lentsoe le nepahetseng
haholo ke “lengele” hofeta “lenyele”. (bap. lengele, mohoasa).
Lenyelenyele (len-ye-len-ye-le) /blitz/ Ka tsela e bontshang sekgahla se seholo; ka
ho ipheta kgafetsa; ka ho etsahala hangata haholo. Mohl. Sehlopha sa Majeremane se
hlaba dintlha lenyelenyele papading ya mohope wa bolo wa lefatshe. Eka ba
qhomisa diqhomane lenyelenyele ntoeng ena.
Lenyeloi (len-yo-loi) (lengeloi) /angel/ Sebupuwa seo ho nahanoang hore se dula
lehodimong le Modimo; sebupuwa sa semoya, se nang le ponahalo ya kganya, se
nang le mapheo kapa ponahalo e joalo. /bon. Manyeloi/ Tem. Lentsoe le nepahetseng
ke “lengeloi” hofeta “lenyeloi”. (sheb. Lengeloi bakeng sa tshebediso le semelo).
Lenyeloi (len-yo-loi) (lengeloi) /well mannered lady/ Motho, haholo wa mosadi, e
motle, wa diketso tse ntle tse ratoang ke monna wa hae kapa batho ka kakaretso.
Lenyenyefatsi (len-yen-yen-fa-tsi) // Lentsoe le nyenyefatsang lebitso, lereho kapa
292
293
lentsoe le tloaelehileng, ka ho le etsa hore le hlalose bonyane. Lentsoe le ka
sebedisoang joalo ka sehlongoanthao bakeng sa nyenyefatso. Mohl.
mosadi=mosajana, motho=mothoana, pere=petsana, bohobe=bohojana, jj.
Lenyesemane (len-ye-se-ma-ne) /Englishman/ Moahi wa England ya buang
senyesemane, ya hlahetseng naheng eo. /bon. Manyesemane/ Tlh. Lentsoe le
nepahetseng ke “lenyesemane” hofeta “lengesemane”. (sheb. Lekgowa bakeng sa
tshebediso).
Lenyetse (len-ye-tse) /mane/ Boya ba sekotlo sa koatola: moriri o tholahalang ka
mora molala wa pere kapa tau e tona. Tlh. Batho ba bangata ha ba kgone ho etsa
phapang pakeng tsa “lenyetse” le “lengetse.” Mantsoe ana a bolela ntho tse fapaneng.
Lenyetse (len-ye-tse) /braiding, braid/ Moloho o molele wa boditsi o kenyeletsoang
moriring; ditjobo tsa moriri kapa tseo kgabisang. (bap. lengetse, boditsi, moetse).
Lenyoere (len-yu-we-re) /new person at a place/ Mofihli sebakeng: motho e mocha
sebakeng; ya sa tsoa fihla sekolong kapa mokgatlong kgetlo la pele; ya qetang ho
fihla motseng. /bon. Manyoere/ (bap. Mofihli). Tem. Lentsoe lena le utloahala joalo
ka sothofatso ya lentsoe la senyesemane, “new-comer”.
Lenyofonyofo (len-yaw-fawn-yaw-faw) /glutton, gourmand/ Motho ya jang hofeta
tekanyo; motho ya jang haholo. /bon. dinyofonyofo/. (bap. senyofu) Tem. Lentsoe
lena “lenyofonyofo” le tsoa ho leetsi, “nyofa” le bolelang ho ja haholo, leha batho ba
bang ba le sebedisa bakeng sa bobodu ba diketso tsa motho. (bap. lenyolonyolo).
Lenyoka (lin-yaw-ka) /below waist, below hips/ Bokatlase ba letheka kapa qholo bo
etsang hore seaparo se wele fatshe ka baka la sebopeho sa tulo ya masapo kapa
mmele wa motho. /bon. Manyoka/ Mohl. Borikgoe ba hae bo tsoa ka lenyoka.
Lenyokonyane (len-yu-kun-ya-ne) /troublesome, turbulent/ Hoa motho: ya
hlokang kgotso; ya bakang moferefere le tsitsipano ya meno; ya ratang ho qabanya
kapa ho qabana le batho. Hoa phoofolo: e hlorisang batho ka baka la diketso tsa yona.
Lenyoloi (len-yo-lo-i) /angel/ (sheb. Lengeloi bakeng sa tshebediso).
Lenyolonyolo (len-yaw-lon-yaw-law) /cabalist/ Motho ya hlokang nnete ka ho
iketsa eka o wa tseba empa ho sejoalo; motho ya fetolang nnete ka tsela ya hae kapa e
utloisisoang ke yena fela. /bon. Manyolonyolo/ (bap. moikaketsi) Mohl. Bafarisi ke
manyolonyolo a hlalosang moalo ka tsela e kgotsofatsang bona.
Lenyonyo (len-yawn-yaw) /tapeworm/ Mofuta wa seboko se phelang mmeleng wa
motho kapa phoofolo e jeleng dijo tse sa hloekang; mofuta wa seboko o bakoang ke
phepo e ditshila kapa dijo tse sa butsoang hantle tse nang le mahe a sebokoana sena,
ebile se ka baka bokudi. /bon. Manyonyo/ (bap. seboko).
Lenyora (len-yaw-ra) /thirst/ Boemo ba ho lakatsa metsi haholo; boemo ba ho
labalabela se nyorollang kapa se nowang. Patlo ya seno. /bon. 0/ (bap. komello).
Leo (le-o) /that one: of words starting with “L”/ Lesupa le bontshang ntho e
hojana eo lebitso la yona le qalang ka “L”. Mohl. Lejoe leo le letle ebile le thata.
Leobu (le-o-bu) /slow person, indolence/ Motho ya lenama haholo; motho ya etsang
ketso efe kapa efe ka ho bontsha botsoa bo boholo. /bon. maobu/ (bap. lenama,
obuobu).
Leoka (le-u-ka) /acacia/ Mofuta wa sefate se nang le makala a motsu a hlabang
haholo. /bon. Maoka/ (mm. maokeng).
Leoma (le-u-ma) /head wound/ Leqeba la hlooho le bakoang ke ho batoa ka
molamu, ntho e thata kapa lejoe. /bon. Maoma/ (bap. Letlere, maome).
Leoto (le-u-tu) /foot/ Setho sa mmele ho qala tlasa leqaqailane se thusang bakeng sa
tsepamo; setho sa mmele ha se hlalosoa ka botlalo ho kenyeletsoa serope, lengole,
tlhafu, mmomo, serethe, bohato le qaqailane. /bon. Maoto/ Tlh. Lentsoe le
293
294
nepahetseng ke “leoto” hofeta “lento” leha hona le batho ba sebedisang “lento” ho ya
ka sebaka seo ba phelang ho sona. Mael. E kgopjoa e le maoto mane: mang le mang
a ka etsa phoso ho sa natsoe boemo ba hae ba borui, bofutsana, boholo, bonyane kapa
bohlale ba hae. Mael. Ho qela ho leoto: ho tsamaya kapa ho tloha sebakeng. Mael.
Leoto ke moloi: motho o tsamaya a fihle le moo a sa tshoanelang ho fihla teng.
Leotoana (le-u-twa-na) (leotwana) /chicken feet/ Setho sa mmele se thusang ho ema
hoa nonyana kapa kgoho; tlhaloso ya setho seo ha e le sejo. /bon. maotoana/ (bap.
tlhakoana, tlhako).
Leotsa (le-u-tsa) /sharpen/ Ho etsa hore ntho, haholo thipa kapa lerumo, le kgone ho
seha ha bobebe ka ho etsa hore le be bohale.
Lepa (le-pa) /forecast, foretell/ Ho bolela kapa ho hlalosa ketsahalo kapa ketso e tlo
etsahala pele e etsahala. (bap. bolepi).
Lepae (le-pa-e) // Seaparo se sebedisoang bakeng sa ho phuthela kapa ho pepa le ho
jara ngoana. /bon. Mapae/ (bap. leleiri).
Lepaku (le-pa-ku) /hunting dog/ Mofuta wa ntja e sebedisoang bakeng sa ho tsoma;
setsomi sa ntja. /bon. Mapaku/.
Lepalapala (le-pa-la-pa-la) /heath, open place/ Sebaka sa naha se otlolohileng se
hlokang motheo le moepa. /bon. Mapalapala/ (bap. thota, thoteng).
Lepamo (le-pa-mu) // ?? /bon. mapamo/.
Lepane (le-pa-ni) /pan/ Pitsa e sebedisoang bakeng sa ho hadika kapa ho butsoisa
dijo ntle le ho sebedisa metsi. /bon. Mapane/.
Lepantiti (le-pan-ti-ti) /prisoner/ Motho ya koalletsoeng ntloanatshona; motho ya
molato ya ahloletsoeng ho dula chankaneng nako e itseng. Tem. Lentsoe lena ke
sothofatso ya lentsoe la molata “bandit” le bolelang ho hong ho ya ka puo ya naha ya
lona le sebaka sa teng sa Mexico le Amerika. /bon. Mapantiti/ (bap. motshoaruwa).
Lepantsula (le-pan-tsu-la) /fast urban dancer/ Motho wa motse setoropo ya
fochoselang ka matjato, eo ho nahanoang hore diketso tsa hae di tshoana le tsa koata
kapa tsotsi. Motho wa mekgoa, mmino le diketso tse hlaha. /bon. Mapantsula/.
Leparaka (le-pa-ra-ka) /stretcher/ Se sebedisoang bakeng sa ho nka kapa ho jara
mokudi; se sebedisoang ho nka mobabi. /bon. Maparaka/. (bap. Lempara).
Lepato (le-pa-taw) /burial/ Ketso ya ho beha mofu kapa ntho e shoeleng lebitleng ka
lekese. Ketso ya ho epela mofu mabitleng. /bon. Mapato/ (bap. pato, phupu).
Lepatso (le-pa-tsu) /a crack, cleavage/ Sebaka se bulehileng sa lejoe, moaho kapa
thaba; puleho e peperaneng. /bon. Mapatso/. (mm. Lepetso).
Lepau (le-pau) /Long-tailed Widowbird/ Mofuta wa nonyana e setono se
selelelehadi, e fumanoang haholo dibakeng tse bulehilng tsa joang ba dithota; e
behelang meferong kapa joang bo bolelele; e phelang haholo ka peo ya dimela le
mefuta ya dikokonyana. /bon. mapau/. (bap. Lehele, molepe, tjobolo).
Lepeletsa (le-pe-le-tsa) /to dangle/ Ho leketlisa ntho kapa motho; Ho etsa hore ntho
e tsitsinyehe kapa e tsamaye moyeng ka ho tshoara bokahodimo ka tsela e itseng.
Lepeletsa (le-pe-le-tsa) /to speed on a flat surface/ Ho etsa hore ntho e tsamayang e
tsamaye ka ho lokoloha sebakeng se hlokang moepa kapa motheo.
Lepeletse (le-pe-le-tse) /flat/ Hoa tsela kapa sebaka: se hlokang motheo le moepa.
Lepella (le-pel-la) /speed on a flat surface/ Ho tsamaya, matha, letsima kapa ho
potlaka moo ho hlokang motheo kapa moepa teng. (bap. theteha).
Lepellisa (le-pel-li-sa) /cause to sepeed/ Ketsiso ya ho lepella.
Lepera (li-pe-ra) /leprosy/ Mofuta wa boloetse bo bakang hore ditho tsa mmele di
hloke kutlo, le ho eboha kapa ho qhetsoha ebile le baka phetoho ya mmala wa letlalo
mmoho le tshobotsi ya sefahleho. /bon. mapera/.
294
295
Lepesho (le-pe-shu) /traditional men‟s underwear/ Mofuta wa seaparo se tenoang
ke batho ba batona ho koahela mmele tlasa letheka feela. /bon. Mapesho/.
Lepeshoana (ke-pe-shwa-na) /small men‟s underwear/ Lepesho le lenyane: mofuta
wa tsheya e nyane e aparoang ke bashanyana. /bon. Mapeshoana/ (mm. Lepeshwana)
Lepetjo (li-pit-jaw) /motto, style/ Mokgoa wa ho etsa dintho kapa diketso o
fapaneng le mekgoa e meng; tloaelo ya batho kapa sehlopha e sa tshoaneng le ya
dihlopha tse ding. Tumelo e ikgethileng ya batho ba itseng. /bon. Mapetjo/.
Lepetjo (li-pit-jaw) /password/ Lentsoe kapa palo e sebedisoang bakeng sa ho bula
khomputha kapa sesebedisoa se itseng. /bon. mapetjo/.
Lepetso (li-pe-tsu) /cleavage/ Sebaka se bulehileng sa lejoe, moaho kapa thaba;
puleho e peperaneng. /bon. Mapetso/ (bap. lepatso).
Lepetu (le-pe-tu) /collar bone/ Lesapo la lehetla le tlasa molala. /bon. mapetu/.
Lephaka (lip-ha-ka) /bottle/ Botlolo ha e hlalosoa ka Sesotho: Enngwe ya dietsoa tse
thubehang, se sebedisoang bakeng sa ho tshela metsi kapa dijo. /bon. Maphaka/
Lephaka (lip-ha-ka) /an empty bottle/ Setshelo se thubehang, se sa tsoarang letho.
Lephako (lep-ha-kaw) /hunger/ Boemo ba tlala ha bo utloa ke mmele, haholo mpa
ka tlhaloso ya boko kapa kelello; tlhokeho ya dijo ka mpeng ha e hlalosoa ke kutlo ya
mmele. /bon. 0/.
Lephako (//) /empty, flat stomach/ Ponahalo ya mpa ha e momorane ka baka la ho
se je ka mora nako e telele. /bon. Maphako/ Mael. Ho uba lephako: ho tshoaroa ke
tlala e kgolo kapa ho ba le takatso ya dijo. Mael. Ho robala ka lephako: ho robala
ntle le ho ja kapa ho fumana dijo.
Lephao (lep-ha-u) /hollowness/ Mokoti o moholo o hlahileng lefikeng; sekoti se
seholo se bonahalang selomong, seo diphoofotsana tsa naha di ka dulang teng; sekoti
seka lehaha, se lefikeng se hlahellang ka nqa enngwe ya lefika. /bon. Maphao/ (bap.
lepatso, lehaha).
Lepheo (lep-he-o) /wing/ Letsoho la nonyana, le nang le masiba, le sebedisoang
bakeng sa ho fofa; setho sa nonyana se ditshiba se thusang bakeng sa ho fofa kapa ho
lepella moyeng. /bon. Mapheo/.
Lephele (lep-he-le) /cockroach/ Mofuta wa kokoanyana ya matlung, e ratang sebaka
se ditshila se nang le dijo, e nang la mapheo a makgunoana. /bon. Maphele/.
Lephemphe (lep-hemp-he) // Bohlasoa bo etsoang ke dijo tse salletseng molomong;
masalla a tse jewang a molomong kapa mahlakoreng a molomo. /bon. Maphemphe/
Lephethi (lep-hi-ti) /perfect verb/ Leetsi le bontshang hore ketso e phethahetse kapa
e se e etsahetse. Mohl. Kgutlile, sebeditse, qetile, nahanne, utloile, buile. Tlh.
maphethi ke maetsi ao boholo ba ona a qetellang ka tlhaku “E”. Hape, a na le ho
hlalosa bokgale nako tse ding.
Lephewana (lep-hi-wa-na) /fin/ Setho se sebedisoang ke tlhapi kapa tse ding tsa
diphoofotsoana tsa metsing bakeng sa ho sesa. /bon. maphewana/ (bap. lekgakgapha)
Lephoka (lep-hu-ka) /smell, scent, fragnance/ Monko ho ya ka kutlo ya nko le
toloko ya boko; monko ho sa natsehe sebopeho sa ona, monate kapa mobe, ha o
hlalosoa ke nko. /bon. maphoka/ (bap. ponyonyo).
Lephola (lep-hu-la) /interval, interim, interlude/ Nako ya kgefutso ka mora
ketsahalo e itseng; nako ya phomolo kapa ho ja ka mora kopano ya seboka, mosebetsi
kapa ketsahalo e itseng. /bon. Maphola/.
Lephola (lep-hu-la) /early grazing/ Hoa diphoofolo: nako ya hoseng haholo eo ho
ntshoang dikgomo ho ya fula. /bon. 0/.
Lephoqo (lep-haw-qaw) /sugar cane/ Lekala la semela le nang le tsoekere; lekala la
semela le jehang ka baka la monate wa lona. /bon. Maphoqo/
295
296
Lephotha (lep-hut-ha) /blunder/ Ketso e fotsahetseng e bakang hore ho be le
botlaila kapa se sa lokang. /bon. Maphotha/ Tlh. Lentsoe lena le sebedisoa haholo ke
morabe wa bakone (nguni) ha morabe wa Basotho (Batswana, Basotho le Bapedi) ba
sebedisa lentsoe “phoso” le ha babang ba na le ho le sebedisa.
Lephotho (lep-hu-tu) /milk pap, porous pap/ Bohobe bo dithollo kapa bo loketseng
ho kopanyoa le lebese bakeng sa ho ja; bohobe bo makumane a thata ba ho futsoeloa
le lebese; papa e makumane, e tiileng ya lebese. /bon. Maphotho/
Lephura (lep-hu-ra) /grinder/ Motho kapa ntho e thubang, poone kapa ntho e thata
ka meno kapa ka ntho e itseng. /bon. maphura/.
Lephura-kgoahla (//) /bachelor/ Mohlankana ya so nyaleng; motho e motona ya
boemong ba bohlankana ya so nyaleng. /bon. Maphura-kgoahla/ (bap. lefetoa).
Lephutse (lep-hu-tsi) /soft shelled pumkin/ Mofuta wa mokopu o hlokang
kgaketlana kapa o letlalo le bonojana. /bon. Maphutse/ (bap. solotsi, sabasaba).
Lepolesa (le-po-le-sa) /police/ Motho eo mosebetsi wa hae eleng ho netefatsa hore
toka le molao dia lateloa; motho eo mosebetsi wa hae eleng ho thiba le ho tshoara
batho ba tlolang molao. /bon. Mapolesa/ (bap. letseka) (mm. Leponesa).
Lepoqo (le-paw-qaw) /Moshoeshoe‟s other name/ Lebitso leleng la Morena
Moshoehsoe wa pele. /bon. Bolepoqo/.
Lepoqo (le-pu-qu) /dust/ Mobu o bakang ditshila kapa lerole; mobu o thunthetsang
kapa o tshilafatsang ya bapallang kapa ya fetang ho ona. /bon. mapoqo/.
Lepota (li-paw-ta) /all rounder/ Motho ya potang dibakeng tse ngata: ya etelang
dibaka tse fapaneng ka ho potoloha mona le mane. Motho ya tsebang ho etsa ntho tse
ngata a le mong. /bon. mapota, bomapota/ (mm. mapoteng).
Lepotlapotla (le-po-tla-po-tla) /haste/ Ketso ya ka pele pele; ho tata haholo.
Lepotoketsi (le-po-to-ke-tsi) /portuguese/ Moahi wa Portugal, ya buang puo ya
sepotoketsi, ya tsoaletsoeng naheng ya Portugal,Yuropa. /bon. mapotoketsi/.
Lepsheha (lip-she-ha) /diarrhoea/ Lesepa le metsi kapa le itsoelang ka borata ntle le
taolo ya monga lona. /bon. Mapsheha/ (bap. lechoeya, sebotho, lesepa).
Lepu (le-pu) /pumkin leaves/ Dihaba tsa moroho wa mokopu; lehlaku la moroho wa
mokopu o sebedisoang joalo ka moroho. /bon. mapu/.
Leqa (le-qa) /chunk of meat/ Nama e tenya; nama e kgolo ha e sehoa. Karolo e
kgolo e sehiloeng ya phoofolo e bolailoeng bakeng sa sejo. /bap. maqa/
Leqaba (le-qa-ba) /uncivilised person/ Motho ya sa rutehang kapa ya phelang
sekgale; motho wa diketso tse hlokang thuteho le tokoloho ya kelello; motho wa
moetlo o sa tloaelehang, o kabang kotsi. /bon. Maqaba/ (bap. lejakane, koata). Tlh.
Lentsoe le utloahalang le nepahetse haholo ke “leqaba” hofeta “lekaba”.
Leqai (le-qa-i) /uncircumcised male/ Motho e motona ya sa bollang; motho e
motona ya sa yang mophatong bakeng sa lebollo kapa polotso. /bon. Maqai/
Leqakabetsi (le-qa-ka-be-tsi) /predicament/ Bothata bo etsahalang ho motho bo
hlokang tharollo e kgolo; boemo bo thatafallang motho. Bothata boo motho a
kopanang le bona; boima boo ho leng thata ho bo rarolla. /bon. Maqakabetsi/.
Leqala (le-qa-la) /hard reed/ Lehlaka le thata haholo leo hangata le sebedisoang ke
mathuela kapa ngaka tsa setho. Lekala seka thupa ya semela, le sebedisoang bakeng
sa ho etsa dietsoa tsa ntlo. /bon. meqala/ (bap. moqala).
Leqaqailane (le-qa-qa-ila-ne) (leqaqailana) /ankle/ Lesapo le kopanyang lesapo la
mmomo le bohato ba leoto. /bon. Maqaqailane/ (bap. lenoanyetso) Tem. Dibakeng
tse ding tsa Afrika Borwa, Basotho ba sebedisa “leqaqailana” bakeng sa
“leqaqailane”.
296
297
Leqapha (leq-hap-ha) /male‟s traditional short/ Seaparo, seka borikgoe bo
bokgutshoanyane, ba mmala o mokgubedu kapa mosoeu, sa mohlankana, modise
kapa motho ya sa tsoa bolla. /bon. Maqapha/ (bap. tshea, lepesho, lepeshoana,
thitana, thebetha, moqato).
Leqaqa (le-qa-qa) /white poor person/ Motho wa lekgowa ya hlophehileng; motho
ya hlophehileng wa thuto e hodimo kapa ya tsebang haholo. /bon. Maqaqa/.
Leqaqane (le-qa-qa-ne) /civet/ Mofuta wa phoofolo ya leloko kapa lelapa la qoabi, e
phelang naheng ka ho ja nama ya diphoofolo tse nyane ho yona. /bon. maqaqane/.
LEQAQANE
Leqase (le-qa-se) /straw mat/ Moalo o entsoeng ka lodi kapa semela se itseng, o
aloang fatshe bakeng sa ho dula kapa ho paqama. /bon. Maqase/ (bap. moseme).
Leqatha (le-qat-ha) /newly weds house/ Ntlo ya banyalani ba bacha; ntlo e sa tsoa
ahoa ya batho ba qetang ho nyalana. /bon. Maqatha/. (bap. Leqhofa).
Leqeba (le-qe-ba) /wound, sore/ Sebaka sa mmele moo ho nang le lepatso, borurusi,
madi, letoma kapa boladu ba temalo; se bonahatsang temalo. Setho sa mmele se
bontshang ho lemala kapa bokudi. /bon. Maqeba/.
Leqebekoane (le-qe-be-kwa-ne) /dumbling/ Bohobe ba phofo ya koro bo pheiloeng
ka mosi wa metsi a belang mme wa kokomoha ho bontsha putso. /bon.
maqebekoane/.
Leqele (le-qe-le) /lefty, left-handed or footed Motho ya sebedisang letsoho kapa
leoto le letshehadi haholo hofeta le letona. /bon. Maqele/.
Leqeme (le-qe-me) /shortage, scarce, deficiency, deficit, scarcity/ Bosio ba ntho e
batlahalang; tlhokahalo ya ntho tsa bohlokoa bophelong. /bon. Maqeme/ Mohl.
Leqeme la mosebetsi le tletse.
Leqephe (liq-hep-he) /a page/ Karolo ya buka e latellang enngwe kapa e
hlahlangoang ke enngwe; palo ya buka ho ya ka palo ya karolo. /bon. Maqephe/.
Leqhama (le-qha-ma) /correlation, link, connection/ Kamano pakeng tsa mekga,
sehlopha kapa dinaha. Tsamaisano ka tshebedisano e itseng; kutloano pakeng tsa
batho kapa dihlopha. /bon. maqhama/.
Leqheka (leq-he-ka) /trick, plan/ Ketso e kgethoang bakeng sa ho fetola morero wa
pele o hlolehileng; ho nka leano leleng ha la ho qala le hloleha; ho batla ho etsa ketso
enngwe e fapaneng le ya pele ha ho le thata. /bon. Maqheka/.
Leqhekoana (leq-he-kwa-na) /very old woman/ Mosadimoholo kapa nkgono ya
hodileng haholo dilemong. /bon. Maqhekoana/ (bap. setsohotsana).
Leqheku (leq-he-ku) /very old man/ Monnamoholo kapa ntatemoholo ya hodileng
haholo dilemong. /bon. Maqheku/ (bap. setsohatsana).
Leqhetso (leq-he-tsu) /particle/ Lekumane la ntho e qhetsohileng ho enngwe e
kgolo; ntho e nyane e thubehileng ho e kgolo. /bon. maqhetso/
Leqhetsoana (leq-hets-wa-na) /piece, particle/ Lekumane le lenyane haholo la ntho
e qhetsohileng ho enngwe. /bon. maqhetsoana/.
Leqhoa (leq-hwa) /ice/ Metsi a thatafetseng ka baka la mohatsela o moholo; metsi a
tiileng ka baka la serame. /bon. maqhoa/ (bap. Lehloa, serame, qhoqhoane).
Leqhoae (leq-hwa-e) (leqhwae) /blanket pin/ Sesebedisoa se sebedisoang ho
qhoaela kobo kapa seaparo. /bon. maqhoae/ (bap. Lemao, sepelete).
297
298
Leqhoele (leq-hwe-le) /waist string/ Thapo kapa kgoele eo ho tlangoang letheka ka
yona bakeng sa tumelo e itseng. /bon. maqhoele/.
Leqhoetha (leq-hwet-ha) // /bon. maqhoetha/ (sheb. leqoetha bakeng sa tshebediso).
Leqhofa (le-qho-fa) /dead person‟s hut/ Ntlo eo motho a sa tsoa shoella ka hara
yona; ntlo ya mofu. /bon. maqhofa/ (Bap. leqatha). Tem. Ka mora lepato, ntlo ya
mofu ha e sa bitsoa leqhofa.
Leqhoko (leq-hu-ku) /provokative/ E, kapa ya qalang le ho utloisa motho kapa ntho
bohloko moyeng; ya etsang diketso tse halefisang motho emong. Ya diketso tse
phephetsang maikutlo a motho emong. (bap. lenyokonyane).
Leqhome (leq-hu-me) /popcorn/ Poone e qhommeng ka baka la mocheso mme ya
hlahisa bosoeu ba bokahare ba yona; poone e hlahisitseng bokahare bo bosoeu ka
baka la ho hadikoa. /bon. Maqhome/ (bap. Leqoashapa).
Leqhotsa (leq-ho-tsa) /Xhosa/ Moahi wa Afrika Borwa ya buang puo ya seqhotsa, ya
lelapa la sekone, eo hangata semelo sa hae eleng Profinsi ya Kapa Bochabela le
bakeng tse ding tsa Afrika Borwa. /bon. Maqhotsa/.
Leqhubu (leq-hu-bu) /wave, surf, tide/ Boemo ba metsi a etsang maqhutsu, a
tsamayang a ya hodimo le tlase. Se sebedisoang ke sealemoya kapa thelefishine ho
amohela molaetsa wa puo kapa setshoantsho. /bon. Maqhubu/.
Leqhutsu (leq-hu-tsu) /uneveness/ E hlokang boreledi, e mahoashe kapa e sa
lekaneng ka sebopeho; e sa otlolohang; e nang le ho hlahella hoa ho kokomoha hoa
ntho e itseng. /bon. Maqhutsu/.
Leqiphe (leq-hip-he) /mopani worm/ Seboko se setenya haholo sa sefate sa morara
kapa mofuta o itseng wa semela, seo se sebedisoang joalo ka sejo dibakeng tse ding
tsa Afrika Borwa. /bon. Maqiphe/ (mm. Masonja).
Leqoashapa (le-qwa-sha-pa) /fried corn/ Poone e hadikiloeng mollong wa fatshe
mobung ntle le ho sebedisa pitsa kapa lepane. /bon. Maqoashapa/ (bap. sebera).
Leqobete (le-qo-be-te) (leqwebete) // ??
Leqoetha (li-qwet-ha) /lawyer/ Motho ya emelang emong lekgotleng la dinyewe;
mmuelli kgotla; moemedi wa moqosi kapa moqosuwa kgotla. /bon. maqoetha/.
Leqoetha (li-qwet-ha) /ambassador/ Motho ya emelang naha ya habo machabeng
kapa naheng enngwe. /bon. Maqoetha/ (bap. Lenqosa, leqosa) Tem. Ka puo ya
sekone, lentsoe lena “leqoetha” moelelo wa lona o bolela seseng.
Leqola (le-qaw-la) /edge/ Bophetho ba seaparo, haholo kobo. Qetello ya lemeno la
kobo kapa seaparo se seholo. /bon. Maqola/ Mael. Lefu le leqoleng la kobo: motho a
ka shoa neng kapa neng ho sa nahanoa.
Leqope (le-qu-pe) // (sheb. Lekope bakeng sa tshebediso).
Leqosa (lin-qu-sa) /messenger, representative/ Motho ya emelang emong bakeng sa
ho mmuella kgotla; motho ya sebetsang joalo ka morumuwa ho etsa mosebetsi
bakeng sa motho emong; motho ya emelang emong lekgotleng la dinyewe joalo ka
mmuwelli. /bon. Maqosa/ (bap. moemedi). Tlh. Lentsoe “leqosa” le “lenqosa” a na
le moelelo o tshoanang, phapang ke dibaka tseo Basotho ba dulang ho tsona le ha ka
sesotho sa naha ya Lesotho ho sebedisoa lentsoe lengosa haholo.
Leqotha (le-qut-ha) /scale/ Boemo bo mahoashe ba letlalo ka mora manala; keboho
ya letlalo la menoana moo manala a qalang teng. Mahoashe a letlalo la diphoofolo
tseding. /bon. Maqotha/.
Leqothantja (le-qut-hant-ja) /nail biting/ Keboho ya letlalo la menoana moo ho
qalang manala teng. Tloaelo ya ho ja manala. /bon. Maqotha-ntja/ (mm. leqothantja).
298
299
Lequloana (le-qu-lwa-na) /informal gathering/ Kopano ya batho eo sepheo sa yona
se hlokang taba tse monate. Kopano kapa seboka sa batho ba nang le morero o seng
motle. /bon. Maquloana/ (bap. lemuloana, pitso).
Lera (le-ra) /cataract, opaque, opacity/ Lefu la mahlo le bakang thibelo ya kganya
kapa pono e tloaelehileng; bofofu bo bakoang ke ho hloleha hoa leihlo ho
bontshahatsa kganya ka lebaka la karolo e sa lokang e aparelang leihlo. /bon. mara/.
Leraba (le-ra-ba) /trap, snare/ Se sebedisoang ho cheha kapa ho tshoasa; sefi kapa
boemo bo dielang motho kapa phoofolo. /bon. Maraba/ (bap. sefi, kupu, ketle).
Mael. Tlhapi folofela leraba hobane metsi a pshele o a bona: tlohela ho tletleba
hobane baheno ba hlahetsoe ke kotsi kapa ba shoele o ba bona.
Lerabele (le-ra-be-le) /rebel/ Motho ya fetohelang mokga, sehlopha kapa naha ya
habo, a tshehetse ba direng. /bon. Marabele/ Tem. Lentsoe lena “lerabele” ke
sothofatso ya lentsoe la molata “rebel”. (bap. lehana).
Lerako (le-ra-ko) /wall, hedge/ Kaho e arolong sebaka sa ntlo kapa moaho; kaho eo
bokahare ba yona eleng ntlo kapa moaho oo ho dulang batho. Moaho o qalang fatshe
ho motheo kaho ebile o hloka marulelo kapa phethahalo ya se bitsoang ntlo. /bon.
Marako/ (bap. lebota).
Leralla (le-ral-la) /hill, ridge/ Thaba e nyane e hlokang matsoapo le dilomo tse
kgolo; tutudu e tshoanang le thaba. /bon. Marallana/ (bap. letsoapo).
Lerallana (le-ral-la-na) /hillock/ Leralla le lenyane haholo. /bon. Marallana/.
Lerama (le-ra-ma) /cheeck/ Karolo ya sefahleho e ka tlasa leihlo, pela mahlakore a
nko, qetellong ya molomo. /bon. Marama/.
Lerantha (le-rant-ha) /dilapidated cloth/ Seaparo kapa ntho e tabuhileng haholo ka
baka la botsofadi kapa bokgale ba yona; ntho e shebahalang e le boemong bo sa
lokiseheng. /bon. Marantha/ (bap. Malabulabu).
Leranthana (le-rant-ha-na) // Lerantha le lenyane: seaparo se senyane kapa ntho e
tabuhileng haholo ka baka la botsofadi kapa bokgale ba yona. Nyenyefatso ya
lerantha. /bon. maranthana/ (bap. leharasoana, leharasoa).
Lerao (le-ra-o) /buttock/ Setho sa mmele se ka tlasa bomorao ba letheka, ka hodima
qaleho ya serope, seo hangata se nang le pokello ya nama e ngata haholo, se
sebedisoang bakeng sa ho dula. /bon. Marao/ (bap. sebono).
Lerapo (le-ra-po) /rope, leather string, strap/ Kgoele kapa thapo e entsoeng ka
letlalo la phoofolo le suuweng, e sebedisoang bakeng sa ho tlama kapa ho fasa. /bon.
Marapo/ Mael. Lerapo la papa: seshebo kapa seo ho jelelloang bohobe ka sona.
Mael. Ho suwa lerapo la puleng: ho etsa ketso e sa thuseng la letho; ho tsitlallela ho
etsa ketso hlokang mosola. Tlh. Batho babang ba sebedisa lekoko bakeng sa lerapo
ha ba sebedisa maele ana.
Leraretsi (le-ra-re-tsi) /multiple word/ Lentsoe, haholo lereho, le ahiloeng ebile le
bopiloe ka mantsoe a fetang bonngwe; lebitso kapa lereho le akgang mantsoe a
mmaloa leleleng. /bon. Mararetsi/ Mohl. Marema-tlou, kae-kapa-kae, neng-kapaneng, motho-feela-makgetha, ntja-pedi, leebana-kgoroana, mang-mang, tshoenemotho, masa-a-kokometse, jj. (bap. Lebitsohokoa).
Lerashea (le-ra-she-a) /Russian/ Moahi wa naha ya Rashea, e Asia, ya buang puo ya
serashea. /bon. Marashea/ (bap. morashea) Tem. Hangata lelapa la batho ba buang
Sesotho (Basotho ba Borwa, Lebowa le Batswana) ba kgetha ho sebedisa tlhaku “L”
bakeng sa tlhaku “M” ho bitsa motho wa mofuta o mong.
Lerata (le-ra-ta) /noise/ Modumo o moholo o bakoang ke ho buwela hodimo, tetso
ya diletsa, kopano ya dintho, ho qhoma hoa ntho e itseng kapa ho wela hoa ntho e
itseng. /bon. marata/ (bap. tlhodio).
299
300
Lerato (le-ra-to) /love/ Maikutlo a tibileng a thato kgahlanong le motho kapa ntho e
itseng; boemo ba pelo kapa kelello bo bontshang ho lakatsa kapa ho hoheloa ke
motho kapa ntho e itseng. Maikutlo kapa boemo ba batho ya ratanang ka ho bontsha
dipuo le diketso tse itseng. Ketso ya ho rata motho kapa ntho. /bon. 0/ (bap. Thato).
Leratsoana (le-rats-wa-na) /small rope, string, shoe lace/ Nyenyefatso ya lerapo:
lerapo le lenyane. /bon. maratsoana/.
Lere (le-re) /rod/ Molamu o sebedisoang ke motho bakeng sa ho ikokotlela, ho
itshireletsa kapa ho loana. Thupa kapa molamu o sebedisoang ho tshihetsa motsamao
wa motho. /bon. 0/ (bap. seikokotlelo).
Lereho (li-re-o) (lereo)/noun/ Lentsoe le sebedisoang ho reha kapa ho bitsa ketso efe
kapa efe; thehello ya leetsi lefe kapa lefe; lereho/lereho ha le sebedisoa polelong.
Mohl. mareho a maetsi: amana=kamano, babela=pabelo, chabisa=chabiso,
diaha=tieho, emisa=kemiso, fepa=phepo, hauha=khauho, lakatsa=takatso,
mamola=mamolo, nolofatsa=nolofatso, otla=kotlo, phehisa=phehiso, qapa=qapo,
rohaka=thohako, sebetsa=tshebetso, tataisa=tataiso, utloa=kutlo, sheba=chebo,
makatsa=semaka, jj. Mohl. mareho kapa mabitso a semelo: thaba, mokoti, leru,
ntlo, ntja, motho, jj.
Lereko (le-re-ku) /elegance/ Pontsho ya mohau o neheloang motho ntle le ho loka
hoa hae; lerato la semoya le lebisoang ho moetsadibe; mohau o sa hlokeng tefo kapa
tefello. Tshoarelo ya diphoso. /bon. 0/ (bap. mosa).
Lerematlou (le-re-ma-tlou) /unity/ Motho wa kakanyo kapa monahano o tshoanang
le wa sehlopha kapa mokgatlo wa batho ba habo. /bon. Marematlou/ Mael.
Marematlou a ntsoe leng: ba tsamaisanang mmoho ba bua puo e tshoanang; ba
mokgatlo o le mong ba kgema mmoho. (bap. marematlou, motshehetsi).
Lerenene (le-re-ni-ni) /gum/ Nama e kgubedu kapa e kgubetsoana ya lehano, e
tshiheditseng le ho tshoara meno hore a mamarele masapong. /bon. Marenene/.
Lerete (li-re-te) /testicle/ Setho sa bonna se ikarabellang tlhahisong ya dithoere;
setho sa motho e motona se qetellong ya kooma se jereng dithoere tsa ho tsoadisa
nakong ya thobalano. /bon. Marete/ (bap. lekolota).
Leri (le-ri) /step ladder/ Sesebedisoa se sebedisoang bakeng sa ho thusa ho kalama
kapa ho hloella hodima ntho e itseng. /bon. Dileri/ Tem. Lentsoe lena le utloahala
jolao ka sothofatso ya lentsoe la molata “step ladder”. (bap. sehloelli).
Leribe (le-ri-be) // Enngwe ya ditereke tsa naha ya Lesotho pakeng tsa Butha-Buthe
le Berea eo motse moholo wa sona eleng Hlotse.
Leritshoana (le-rits-hwa-na) /clay container/ Mofuta wa setshelo sa Sesotho o
entsoeng ka letsopa le besitsoeng, o ka sebedisoang ho tshela mefuta ya dino tse
fapaneng. /bon. maritshoana/ (mm. leritshwana) (bap. moritshoana).
LERITSHOANA
Lero (li-raw) /juice/ Metsi a fumanoang ditholoaneng, ao hangata a latsoehang ha
monate; kgodu ya ditholoana. /bon. Maro/ Tem. Ho na le phapang e kgolo pakeng
tsa mantsoe, “kgodu”, “moro” le “lero”. “Kgodu” ke metsi a moroho o phehiloeng;
“moro” ke metsi a nama e phehiloeng mmoho le dinoko; ha “lero” e le metsi a
tlholeho a fumanoang ditholoaneng kapa dimeleng tse so phehoeng.
300
301
Leroana (le-rwa-na) /red ant/ Mofuta wa kokoanyana e nyane, e lomang, e kgubedu
ka mmala, eo hangata e tholahalang sebakeng kapa mobung moo ho nang le masapo
kapa masalla a dijo kapa ntho tse shoeleng. /bon. Maroana/ (bap. Letsoaitsoai).
Lerobane (li-ro-ba-ne) /nomad‟s territory/ Sebaka sa motho ya tsamayang hohle a
sa dule sebakeng seleseng ka baka la mosebetsi wa hae o itseng. Moo ho ahileng
moroba teng; tulo ya moroba. /bon. marobane/.
Leroborobo (le-raw-baw-raw-baw) /spotted, spot/ Tem. Lentsoe lena le sebedisoa
le le ka bongateng hangata. (sheb. Maroborobo le maroboko bakeng sa tshebediso).
Lerole (le-ro-le) /dust/ Makumane a masesane a mobu a kgonang ho tsamaya le
moya. Mobu o fofang. /bon. Marole/ (bap. mobu).
Lerotho (le-rut-hu) /dim/ Boemo bo fifetseng ho ya ka ponahalo ya leihlo;
tlhokahalo ya ponahalo e felletseng. /bon. 0/ (bap. Lefifi).
Lerotho (//) /uncertain, bleak/ Hoa bokamoso kapa boemo ba ketsahalo: bo hlokang
tsoelopele kapa ntlha; eo ho seng moo e yang teng. /bon. 0/.
Lerothodi (le-rot-ho-di) /drop/ Karolo e nyane ya metsi e rothang ho tsoa hodimo
marung kapa ho tsoa hodima ntho e itseng. /bon. Marothodi/
Leru (le-ru) /cloud/ Boemo bo fupereng pula, seka mosi, ba lehodimo; seka mosi se
bonahatsang monyetla wa hore pula e ka na ha ho hlaha moya, mohatsela kapa
mofuthu o susumetsang boemo bo joalo. /bon. Maru/ Mael. Leru le letsho: koduwa e
hlahileng kapa bothata bo hlahetseng motho kapa naha.
Leruarua (le-ru-a-ru-a) /whale/ Mofuta wa phoofolo ya metsing seka tlhapi e kgolo
ka ho fetisisa, e phelang lewatle, e tsoalang ntle le ho behela mahe joalo ka ditlhapi
tse ding. /bon. Maruarua/.
Lerui (le-ru-i) /possesive preposition: of/ Lentsoe le amanyang motho le seo eleng
sa hae kapa tsa hae haholo ntho e nang le lebitso. Mohl. Selepe sa ntate. Mosadi wa
moimana. Kobo ya mariha. Diaparo tsa senna. Letsatsi la bobe. Tem. Sena se bolela
hore mantsoe ana a latelang ke marui: “sa”, “wa”, “ya”, “tsa” le “la” ke marui. Tlh.
Ka puo ya Sesotho marui a mangata hofeta ka puo ya senyesemane. (bap. thuo).
Lerulelo (le-ru-le-law) /roof/ Sebaka sa moaho se koahetseng ntlo ka hodimo;
bokahodimo ba ntlo se tshireletsang bokahare ba yona. /bon. Marulelo/.
Lerumo (le-ru-maw) /spear/ Mofuta wa sebetsa se hlabang, o nang le bokapele bo
motsu. /bon. Marumo/ (bap. Sabole).
Leruo (le-ru-aw) /wealth, affluence, asset, prosperity/ Boteng ba monono bo
akgang thuo ya diphoofolo tse ngata, chelete le ditlhokahalo tsohle tsa bophelo;
bokgoni ba ho ba le ntho tsohle tse hlokahalang bophelong. /bon. Maruo/.
Lerutle (le-ru-tle) /grasshoper/ Enngwe ya diphoofotsoana tse nyane e fofang, e
phelang dibakeng tse tletseng joang, eo hangata e jewang ho ya ka mofuta wa yona.
/bon. Marutle/ (bap. tsie).
LERUTLE
Lesa (le-sa) /stop, discontinue, cease/ Ho kgaotsa ho etsa ketso, ketsahalo, tloaelo
kapa mokgoa o itseng; ho emisa ho tsoelapele ka ketso e itseng. (bap. Tlohela).
Lesa (le-sa) /abandon, quit, desert/ Ho sia motho kapa ntho e itseng e le nngwe; ho
tlohela mosebetsi kapa ketsahalo e itseng.
Lesabasaba (le-sa-ba-sa-ba) /grassy plain, savannah/ Sebaka se motsitsa se tletseng
joang bo bongata; thota e tletseng joang bo bongata. /bon. masabasaba/ (bap. thota.
301
302
Lesaka (le-sa-ka) /kraal/ Sebaka seo ho koalloang diruuwa joalo ka dikgomo, dinku
kapa dipodi teng; moo diphoofolo tse ruuwang di koalloang teng; ntlo kapa lehae la
seruuwa. /bon. Masaka/ (bap. setala). Mael. Lentsoe la morena le haeloa lesaka: seo
morena kapa motho e moholo a se buang se tlameha ho ananeloa le ho hlonchoa.
Mael. Kgomo di boela sakeng/ kgomo di boetse sakeng: Ho nyala motho wa lelapa
kapa seboko se tshoanang le sa ya nyalang.
Lesakana (le-sa-ka-na) /bracket/ Letshoaho la puo le sebedisoang ho kenyeletsa
lentsoe kapa mantsoe a polelo a itseng ka ho a qolla polelong. Letshoaho le qollang
lentsoe kapa mantsoe ka ho a arola ho amang. Mohl. ( ) Ke tsamaile (mmoho le yena)
maobane ka ba ka kgutla le yena.
Lesako (le-sa-ko) /gap/ Sekgeo se teng pakeng sa meno seo motho a tsoaloang le
sona; sebaka se hlokang leino kapa meno mareneneng sa tlholeho. /bon. Masako/.
(bap. Sesene) Tlh. Sesene le lesako ke mantsoe a mabedi a bolelang ntho tse
fapaneng: “lesako” ke sebaka se mareneneng se bulehileng ka tlhaho, ha “sesene” e
le sebaka se hlokang leino kapa meno ka lebaka la ho lahleheloa ke leino kapa meno
ka tsela e itseng.
Lesale (le-sa-le) /ring/ Se roaloang monoaneng, tsebeng kapa sethong seseng sa
mmele ka sepheo sa ho kgabisa; mokgabo wa kgauta, silefere kapa moetso o itseng
wa boleng bo hodimo o roaloang tsebeng kapa monoaneng. /bon. Masale/.
Lesalla (le-sal-la) /leftover, remnant, surplus/ Se setseng ka mora nako ya dijo;
sejo se setseng ha ho jewa; sejo se hlafunnoeng mme sa sala sejaneng; motho ya
saletseng morao ha ho tsamauwa. /bon. Masalla/.
Lesamane (le-sa-ma-ne) /squirrel/ Mofuta wa phoofolo ya naheng, seka tadi, e nang
le mohatla o boya bo bongata, e tloaelehileng ka ho kalama difate kapa ho cheka le
ho kena mekoting. /bon. masamane/ (bap. mohloathupa).
Lesapo (le-sa-paw) /bone/ Setho sa mmele, se sesoeu, se tshihetsang motsamao wa
mmele le ho tshireletsa ditho tse bonojana tsa mmele kapa dikahare. /bon. masapo/.
Mael. Ho ja masapo a hlooho: ho nahanisa se boletsoeng. Ho nahana haholo ka
boemo bo itseng. Ho nahana ka ho batla tharolloa ya bothata bo itseng. Mael. Lesapo
la masapo: molekane waka eo ke mo ratang haholo.
Lesapuwana (le-sa-pu-wa-na) /bridegroom‟s mother‟s supper/ Dijo, haholo nama
ya kgomo ya selelekela, tse jewang ke mma monyadi le metsoalle ya hae nakong ya
phirimana. /bon. Masapuwana/.
Lesatjoana (le-sat-jwa-na) /cartilage/ Seka lesapo se tholahalang manoanyetsong a
mmele kapa dithong tse ding tsa mmele, se bonojana hofeta lesapo. Karolo ya setho
sa mmele e tshoanang le lesapo empa yona e le bonolo. /bon. Masatjoana/.
Lesea (le-se-a) /infant/ Ngoana e monyane ya so tsebeng ho tsamaya, ya so tsebeng
phapang ya botle le bobe, eo kelello ya hae e song ho tsitsi. Motho ya monyane
haholo dilemong. /bob. Masea/ (bap. lekgabunyane, ngoana).
Lesebo (le-se-bo) /god‟s gift/ Se fanoang ho badimo; phabadimo; phabafatshe;
mokete kapa lelomolo la ho leboha ba fatshe. /bon. Masebo/ (mm. Disebo).
Lesedi (le-se-di) /light/ Boteng ba kganya kapa ponahalo e bakoang ke letsatsi,
kgoedi, naledi kapa lebone. /bon. Masedi/ (bap. kganya).
Lesedinyana (le-se-din-ya-na) /newspaper, magazine/ Pampiri e hlahisang le ho
phatlalatsa ditaba le diketsahalo tsa tikoloho. /bon. Masedinyana/
Lesehla (le-se-hla) /sand stone, sedimentary rock/ Mofuta wa lejoe le bonojana le
hoholehang ha bonolo, le bakang mobu wa lehlabathe ha le phophoreha. /bon.
Masehla/ (bap. lehlabathe, lehlohlojane).
302
303
Leseka (le-se-ka) /wire, electric string/ Mofuta wa thapo e tshetshane e tsamaisang
motlakase. Mofuta wa thapo e sebedisoang ho kgabisa molamu. /bon. Maseka/ (bap.
boseka).
Lesela (li-si-la) /cloth, linen/ Se sebedisoang ho etsa seaparo kapa sesebedisoa sa ho
kgabisa bokahare ba ntlo ha se rokiloe. /bon. Masela/.
Lesela (li-se-la) /abandon, forsake, jilt, leave/ Ho kgaotsa ho etsa ketso, ketsahalo,
tloaelo kapa mokgoa o itseng; ho emisa ho tsoelapele ka ketso e itseng; ho kgaotsa ho
sebetsa kapa ho ba le kamano le. (bap. tlohela, tlosa).
Lesele (li-si-li) /different one/ Seqolli se hlakisang ntho eo ho buuwang ka yona ka
ho kgetholla hara tse ding. Leo eseng lona le batloang. Mohl. Lejoe lesele. Lesole
lesele. Re batla lesele, eseng lena. Che ha re batle lena, re batla lesele.
Lesella (le-sel-la) /free, leave alone/ Ho tlohela se tshoeroeng hore se lokolohe; ho
fuparolla se atlaretsoeng ka letsoho hore se lokolohe. Ho fana ka tokoloho ho se
tshoeroeng kapa se ditlamong. (mm. tesello).
Lesene (li-se-ne) /canny, dexterous, astute/ E bohlale bo jalletsang; e kgonang ho
susumetsa ka dipuo kapa diketso tsa boqhekanyetsi. (bap. masene) Tlh. Lentsoe lena
le sebedisoa le le ka bongateng hangata eleng “masene”.
Lesenke (li-sen-ke) /corrugated iron/ Mofuta wa tshepe e sebedisoang ho rulela, ho
koahela le ho kupetsa kapa ho etsa meaho. /bon. masenke/.
Lesepa (le-si-pa) /excrement, faece/ Se tsoang ka lesoba la sebono se jeloeng nako e
fetileng; dijo tse tsoang ka lesoba la sebono tseo mmele o sa di hlokeng. Manyala a
tsoang ka mosima wa lerao. /bon. Masepa/ (bap. lenyela).
Lesere (le-se-re) /lurcene, alfalfa/ Mofuta wa furu e boleng bo hodimo, e
sebedisoang ho fepa diphoofolo, haholo tsa hae. /bon. Masere/.
Lesetedi (le-se-te-di) /settler/ Motho ya dulang naheng eo eseng ya habo kapa eo a
sa tsoalloang ho yona. /bon. Masetedi/ Tlh. Lentsoe lena ke sothofatso ya lebitso la
molata “settler”. (bap. letsoantle, modichaba, molata, lekwerekwere).
Lesetla (le-se-tla) // Motho ya setlang: ya otlang ha bohloko ka letsoho; ya
mamolang ka tsela e mpe, e utloisang ya nathoang bohloko. /bon. bomasetla.
Lesetlaoka (le-se-tla-o-ka) /termite/ Enngwe ya dikokoanyana, seka seboko, e
senyang haholo ka ho ja ka ho ebola le ho heletsa. /bon. masetlaoke/.
Leshala (le-sha-la) /coal/ Serafjoa se setsho, seka lejoe, se sebedisoang ho besa kapa
ho etsa mollo. Ponahalo e kgubedu ya mollo wa patsi e tukang. /bon. Mashala/.
Leshano (le-sha-nu) /falsehood, untruth, deceit/ Tlhokeho ya nnete; bosio ba puo e
supang bonnete; ketsahalo kapa puo e hlokang nnete. /bon. Mashano/.
Lesheleshele (le-she-le-she-le) /morning porridge/ Mofuta wa motoho oo hangata o
nowang hoseng, oo motsoako wa ona eleng metsi a belang le phofo ya poone kapa ya
mabele. /bon. Masheleshele/ (bap. tomotomo).
Leshoabe (le-shwa-be) /type of wild vegetable/ Mofuta wa moroho wa naha o nang
le tatso e shoabaselang kapa o mahoashe ha o jewa. /bon. Mashoabe./
Leshoata (li-shwa-ta) /aftershave/ Boemo ba letlalo le sa tsoa beoloa le bontshang
seka makgopho. Mahoashe a letlalo la motho le tlositsoeng moriri, maboya, ditedu
kapa bohoete.(bon. Mashoata).
Leshodu (le-sho-du) /thief/ Motho ya utsoang; motho ya nkang seo eseng sa hae ntle
le tumello. /bon. Mashodu/. Mael. Leshodu ke le tshoeroeng: motho ya tshoeroeng a
utsoa ke yena leshodu, empa ya sa tshoaroang a etsa joalo ha se lona. Mael.
Motsoalle wa leshodu ke leshodu: motho ya nang le kamano le ya etsang bobe o
tshoana le yena.
303
304
Leshodu (le-sho-du) /stingy person/ Motho ya timanang haholo; motho eo ho leng
thata haholo ho yena hore a ka fana. bon. Mashodu/.
Leshoehleshoehle (le-shwe-hle-shwe-hle) // Seetsoa sa maiketsetso se kentsoeng
majoana a masesane, se bakang modumo ha se tsitsinyoa nakong ya mmino. Seletsa
sa mmino seka kgetsi e tshetsoeng majoana a bakang modumo o moholo. /bon.
Mashoehleshoehle/. (bap. Morutlhoane, lengenengene). (mm. Leshwehleshwehle).
Leshoetla (le-shwe-tla) /cartilage/ Seka lesapo se tholahalang manoanyetsong a
mmele kapa dithong tse ding tsa mmele. /bon. Mashoetla/ (bap. lesatjoana).
Leshokgoa (le-sho-kgwa) /xysmalobium indulatum/ Mofuta wa moroho wa naheng
o babang haholo. /bon. mashokgoa/(mm. leshokhoa).(bap. pohotshehla).
Leshome (le-shu-me) /ten/ Palo e ka hodimo ho robong, empa e le ka tlase ho
leshome le motso o le mong. /bon. Mashome/.
Leshomo (le-sho-mo) // Setlama sa naheng se melang naheng seo ho dumeloang hore
motsoako wa sona o ka sebedisoa joalo ka moriana wa ho thibela letsolo. /bon.
mashomo/.
Lesiba (le-si-ba) /feather/ Seaparo sa nonyana kapa kgoho se hlobehang kapa se
hlothehang. /bon. Masiba/. (bap. Tshiba).
Lesiba (le-si-ba) // Mofuta wa seletsa sa Basotho oo hangata o entsoeng ka karolo ya
lesiba le lesika le hoketsoemg molamung mme le butsoeloa ka moya wa molomo ho
etsa modumo kapa lekodulo le monate. /bon. masiba/.
Lesihla (le-si-hla) /bunch/ Sehlopha sa ntho tse hlophisitsoeng ka lenane; karoloana
e dutseng ka tatellano kapa ka hlophiso. /bon. masihla/.
Lesika (le-si-ka) /procreation, generation/ Batho ho ya ka tatellano ho tloha ho
bontate-moholo le bonkgono ba kgale kgale, ho fihlela bathong ba kajeno; tatellano
ya morabe kapa lelapa ho tloha qalehong ya lona. /bon. masika/.
Lesira (le-si-ra) /curtain, lace/ Lesela le sefesefe le sebedisoang ho aparoa ke
monyaduwa kapa le sebedisoang bakeng sa ho koala difestere le mealo. /bon. Masira/
Lesisitheho (le-si-sit-he-o) /delay, sluggishness, slownnes/ Ho ba lenama ho
bakoang ke ketso e itseng; ho dieha ho qeta ho etsa ketso e itseng; ho nka nako ho
pheta mosebetsi o itseng. (bap. Lepotlapotla) Mael. Lepotlapotla le ja podi,
lesisitheho le ja kgomo: motho ya potlakang ho etsa dintho o fumana le ho thola
hanyane, ya etsang butle o fumana le ho thola haholo.
Leso (le-su) /mine/ Seemedi se bontshang hore thuo ke ya moetsi kapa mmuwi.
Lesoahlasoahla (le-swa-hla-swa-hla) // Modumo o bakoang ke ntho e phelang e
tsamayang hara dihlahla, mofero kapa joang bo boholo empa e sa bonahale.
Lesoalakahla (le-swa-la-ka-hla) /forest inhabitant/ Moahi wa motse o hara dithaba
le difate tse ngata; modudi kapa moahi wa motse o ahiloeng hara meru le matsoapo a
maholo. /bon. Masoalakahla/ (bap. masoalakahleng).
Lesoba (le-su-ba) /hole/ Mokoti o hlahang nthong e itseng; sebaka se bulehileng
kapa se bontshatsang puleho ho sona. /bon. Masoba/ (bap. mokoti). Mael. Ho tsoa
ka lesoba („soba) la nale: ho phomella kapa ho atleha moo holeng thata haholo; ho
phunyeletsa hara boima le mathata.
Lesoe (le-swe) /damp/ Boteng ba metsi nthong e kgonang ho monya metsi; e nang le
metsi kapa mongobo; e nang le kutloahalo ya metsi. (bap. mongobo).
Lesoebe (le-swe-be) /wrinkle/ Tshotshobano ya letlalo e bakoang ke botsofadi;
ponahalo ya letlalo lesosobaneng ka lebaka la botsofe. /bon. Masoebe/.
Lesoefe (le-swe-fe) /albino/ Motho wa lebala le lekgubetsoana haholo ka baka la
tlhaho ya hae e bakoang le ho susumetsoa ke thobaloano ya batho ba madi a
bapelaneng haholo. /bon. Masoefe/.
304
305
Lesoha (le-su-a) /bachelor/ Motho e motona ya dilemong tsa ho nyala empa a so
nyale; motho ya so nyaleng wa monna kapa mohlankana; monna kapa motho e
motona ya hlokang mosadi ka boikgethelo. /bon. Masoha/ (bap. Lephurakgoahla).
Lesoko (le-su-ku) /cough mixture, Alepidea amatymbica/ Mofuta wa semela se
babang seo motsoako wa sona o tutsoeng o sebedisoang joalo ka moriana wa sefufa.
Lesoko (le-su-ku) /type of plant/ Mofuta wa semela se melang naheng o nang le
dikotola tse tatso e babang. /bon. masoko/.
Lesokoana (le-so-kwa-na) /pap stick, oar/ Thupa e sebedisoang bakeng sa ho pheha
le ho fetola bohobe. /bon. Masokoana/.
Lesokoana (le-so-kwa-na) /traditional stick game, relay/ Papadi ya batho ba
batshehadi ya ho matha ka ho neheletsana thupa. Ho matha ka ho nelehetsana thupa
pakeng tsa batho ba fetang bonngwe hofihlela ba fihla kgoeleng.
Lesokolara (le-su-ku-la-ra) /sufferer, unsponsored person/ Motho ya sokolang: ya
hlokang tshihetso ya dichelete tse hlokahalang bakeng sa phethahatso ya morero o
itseng. /bon. masokolara/ (bap. lejakathata).
Lesokolla (le-saw-kawl-la) /heart burn, acidity, ulcer/ Boteng ba ho babeloa le ho
hoayahoaya ka mpeng; boemo bo bodila bo bakoang ke mofuta o mobe wa dijo kapa
dino. /bon. 0/ Tlh. Motho a ka tshoaroa ke lesokolla feela, eseng masokolla!
Lesolanka (le-su-lan-ka) /swanky blanket/ Mofuta wa kobo ya bokgabane ya
Basotho, e boya bo manameng haholo kapa e shebahalang e le boreledi, ebile e na le
mekgabiso e fapaneng. /bon. masolanka/.
Lesole (le-saw-le) /soldier/ Motho eo mosebetsi wa hae eleng ho tshireletsa naha ya
habo ka ho e loanela nakong tsa ditlhaselo le dintoa kgahlanong le naha kapa dinaha
tseding. /bon. Masole/.
Lesuhlangeto (le-su-hla-ng-eto) // Mofuta wa Nonyana e boputsoa bo botsho,
mokobolo o molelele le hlooho e lekuroana le bokgubetsoana. /bon. Masuhlangeto/
LESUHLANGETO
Lesumatha (le-su-mat-ha) /unexpectedly, haphazardly/ Ka tsela kapa boemo bo sa
lebelloang; ka tsela e hlokang tsebiso kapa tsebahatso; ntle le morero kapa ho rerisa.
Lesupa (le-su-pa) /demonstrative pronoun/ Lentsoe le sebedisoang bakeng sa ho
bontsha kapa ho supa ntho e itseng ntle le ho bolela lebitso la yona; lentsoe le
sebedisoang joalo ka seemedi ho supa seo ho buang ka sona. Mohl. Ena, enana, eno,
enono, bona, bonana, bane, banene, tsane, ona, onana, tsanene, tseno, tsenono, tseo,
lane, lanene, lena, lenana, yane, yanene, jj. (bap. lesupi).
Lesupatsela (le-su-pa-tse-la) /pioneer/ Motho ya bontshang tsela kapa ya etellang
pele ka ho hlahisa kapa ho etsa ntho e ncha kgetlo la pele. /bon. Masupatsela/.
Lesupatsela (le-su-pa-tse-la) /role model/ Motho eo babang ba nkang diketso tsa hae
ka baka la mekgoa ya hae e metle; motho ya tummeng eo diketso tsa hae di nang le
tshutshumetso ho ba mo latelang. /bon. Masupatsela/.
305
306
Lesupi (le-su-pi) /ruin/ Sebaka se seholo se cheleng; nahathote ya dithako tse
helehileng, ebile e na le ponahalo ya ho cha. /bon. Masupi/.
Lesupi (le-su-pi) /demonstrative pronoun/ Lentsoe le sebedisoang bakeng sa ho
bontsha kapa ho supa ntho e itseng ntle le ho bolela lebitso la yona; lentsoe le
sebedisoang joalo ka seemedi ho supa seo ho buang ka sona. Mohl. Ena, enana, eno,
enono, bona, bonana, bane, banene, tsane, tsanene, tseno, tsenono, tseo, lane, lanene,
lena, lenana, yane, yanene, jj. (bap. lesupa) Tem. Lesupa le lesupi ke ntho e le
nngwe, e bolelang le ho hlalosa ntho e le nngwe.
Lesuti (le-su-ti) /masses, mob, maltitude/ Bongata bo boholo ba batho ba kopaneng
sebokeng; batho ba bangata haholo kopanong kapa mabaleng a dipapadi; diketekete
tsa batho ba kopaneng mmoho ka sepheo se itseng. (bap. letshoele, bongata).
Lesuwane (le-su-wa-ne) (lesuoane) /Carex clavata/ Mofuta wa semela se
tholahalang haholo dithabeng o sebedisoang joalo ka moriana ka nako tseding. /bon.
Masuwane/.
Leta (le-ta) /wait/ Ho emela motho kapa ntho e itseng nako e itseng, ka sepheo se
itseng; ho dula ka lebaka la tebello kapa kemelo ya ho fihla hoa ntho e itseng.
Letadiana (le-ta-di-a-na) /italian/ Moahi wa naha ya Italy, e Yuropa, ya buang puo
ya setadiana, ya tsoaletsoeng naheng eo. /bon. Matadiana/
Letaetae (le-tae-tae) /rich person/ Motho ya ruileng haholo. Motho wa sekgorane ya
nang le leruo la dichelete le tse rekoang ke tsona. /bon. Mataetae.
Letailana (le-ta-ila-na) /back to war, back to action/ Ho e lata letailana: ho boela
ntoeng hape ka matla a maholo; ho loantsha motho ya loantshang wa heno ka
boikemisetso bo boholo; ho kgoroha kgetlo la bobedi ka sefutho se seholo ka sepheo
sa ho hlasela ya qetang ho hlasela. (mm. letailane).
Letalaphofu (le-ta-lap-ho-fu) /african lilly, agaphanthus/ Mofuta wa semela se
hlahisang dipalesa tse mmala o mosweu kapa o moputsoana; se mahlaku a malelele, a
matenya mmoho le makala a nonofetseng. /bon. Maletaaphofu/ (mm. Leta-la-phofu).
Letamo (le-ta-mo) /dam/ Sebaka sa maiketsetso sa pokello ya metsi a noka kapa a
lengope, seo metsi a sona a sebedisoang bakeng sa ho noesetsa masimo, ho fepa le ho
nyorolla diphofolo, le ho fehla motlakase. /bon. Matamo/ Tem. Lentsoe lena ke
sothofatso ya lebitso “dam” ha ka Sesotho lebitso le nepahetseng e le “qanthana”.
(bap. letsha, qanthana, koeetsa).
Letanta (le-tan-ta) /net/ Moloo wa boseka kapa thapo e thata e nang le masoba e ka
sebedisoang bakeng sa ho koala ntho e itseng kapa ho tshoasa ditlhapi. /bon.
Matanta/.
Letata (le-ta-ta) /duck/ Mofuta wa nonyana e kgonang ho sesa le ho qoela hara
metsi, eo e ka ruuwang joalo ka seruuwa nakong tse ding. /bon. Matata/. Tem.
Nonyana ena e na le mefuta e mengata.
LETATA
Letata (li-ta-ta) /goat, ox or sheep‟s hide/ Kobo e entsoeng ka letlalo la nku, pholo
kapa podi, le suuweng. /bon. Matata/ (bap. Setipana, lefoqo).
Letatanoka (le-ta-ta-nu-ka) ) /african black duck/ Mofuta wa nonyana ya lelapa la
matata, e bonahalang haholo pela dinoka le diphulana; e mmala o motsho le
maroboko kapa matheba a masoeu. /bon. Matatanoka/.
306
307
Letawa (le-ta-wa) /alcoholic, drunkard/ Motho ya tawang haholo, ya noang joala
letsatsi leleng le leleng, mme a hloleha ho bo tlohela; motho ya hloloang ke tahi ka
ho etsa diphoso ha a noele. Motho ya noang joala hofeta tekano. /bon. Matawa/.
Letebele (le-te-be-le) /nguni speaking person/ Moahi wa Afrika Borwa ya Buang
puo ya setebele, eo hangata a tholahalang profinsing ya Mpumalanga. /bon.
Matebele/ Tem. Hangata lelapa la Sesotho (Basotho ba Borwa, lebowa le Batswana)
ha ba sebedisa lentsoe lena “letebele” ba akaretsa le ho bolela leloko lohle la batho ba
buang dipuo tsa sekone (nguni speaking people) joalo ka Amazulu, Amaxhoza,
Amaswazi, Amandebele le Mashangane kapa Matsonga. Tem. Qaleho ya lentsoe
lena (matebela) e tloha nakong ya difaqane nakong eo Mzilikazi le mabotho a hae ho
tsoa Kwa-Zulu a neng a hahlaula dinaha le mafatshe a merabe emeng ka sepheo sa
ho ba tebela (leleka) dibakeng tsa bona ka morero wa ho di hapa.
Letebele (le-te-be-le) /Zimbabwein ethnic group/ Emong wa baahi ba naha ya
Zimbabwe ya buang puo ya setebele, ya fihlileng naheng eo nakong tsa difaqane, eo
semelo le tlhaho ya hae eleng Afrika Borwa, ho la Kwa-Zulu.
Letekatsi (le-te-ka-tsi) /prostitute, hooker, street walker/ Motho e motshehadi ya
phelang ka ho rekisa botshehadi ba hae bakeng sa chelete; motho e motshehadi ya
robalang le banna kapa batho ba batona bakeng sa chelete; motho ya sebedisang
mmele wa hae bakeng sa thobalano kapa pokano le motho e motona bakeng sa
chelete kapa joalo ka kgoebo. /bon. Matekatsi/ (bap. sefebe).
Leteketso (le-ti-ke-tso) /pupil/ Karolo ya leihlo e teketsang, ebile e hlalosetsa
methapo ya pono ya boko se bonoang. /bon. mateketso/ (bap. teketsa, sebonahatsi)
Letela (li-te-la) /await, wait for/ Ho emela ntho kapa motho ya song ho fihle; ho
emela motho kapa ntho e itseng nako e itseng, ka sepheo se itseng; ho dula ka lebaka
la tebello kapa kemelo ya ho fihla hoa ntho e itseng. Ketsetso ya ho leta.
Letenya (lit-in-ya) /of a thing: fat/ Hoa ntho eo lebitso la yona le qalang ka tlhaku
“L”: e nang le chebahalo kapa ponahalo e kgolo ya sebopeho; e bonahalang e nonne
kapa e le mmele o moholo. (bap. Motenya, setenya, tenya).
Letere (le-te-re) /alphabet/ (sheb. “tlhaku” bakeng sa tlhaloso le tshebediso).
Leteroko (li-ti-ro-kaw) /carriage/ Se huloang ke sepalangoang ebile se belesitsoe
moroalo kapa se kalamisitse batho. Se huloang ke sepalangoang ebile se tshetse thoto
kapa batho ho ya ka moetso. /bon. Materoko/. (bap. Sekosekara).
Letetetso (le-ti-te-tso) /internal bleeding/ Leqeba le ka hara mmele le tsoang madi
kapa le nang le mahloele; bohloko bo ka hara setho seseng sa mmele, boo hangata bo
bakoang ke mahloele. /bon. Matetetso/ (bap. Lehloele).
Letetse (li-te-tse) /waited for/ Bokgale ba ho letela.
Letetsoe (li-te-tswe) // Boetsuwa ba ho letela.
Lethapisa (let-ha-pi-sa) /wild and untouched/ Phoofolo ya hae, haholo seruuwa, e
hlaha e song ho panoe kapa ho palangoe. /bon. Mathapisa/.
Letharaso (let-ha-ra-saw) /lesbian, homosexual, gay, pervert/ Motho e motshehadi
ya bokanang le batho ba batshehadi; motho e motona ya robalang kapa bokanang le
batho ba batona. Thobalano mmoho ya batho ba tshoanang ka ditho tsa botona kapa
tsa botshehadi. /bon. Matharaso/ (bap. Tharasi, botharaso, tharaso, letipa).
Lethathama (let-hat-ha-ma) /sequence, series, succession/ Tatellano ya dintho ho
ya ka lenane; tlhophiso ya mananeo a ntho tse itseng ho ya ka ho latellana; ketso ya
ho tla ka mora ntho e itseng. /bon. Mathathama/ (bap. letoto).
Letheba (let-he-ba) /mark, marking/ Letshoaho le tholahalang mmeleng wa motho
kapa phoofolo. /bon. Matheba/ (bap. letshoaho).
307
308
Letheka (let-he-ka) /waist, figure/ Setho sa mmele moo ho fellang mpa teng; setho
sa mmele ka hodima dibono. /bon. Matheka/.
Letheketheke (let-he-ket-he-ke) /mucuous diarrhoea/ Letshollo le nang le masepa a
thekeselang, seka mamina, ka baka la bokudi bo itseng. /bon. Matheketheke/.
Lethepu (let-he-pu) /Wand flower/ Mofuwa wa semela se makala a malelele, a
menotoana; se behang dipalesa tse kgubetsoana mmoho le tse tshoeu ebile hangata se
sebedisoa bakeng sa mokgabiso dirapeng tsa matlo. /bon. Mathepu/.
Lethisa (let-hi-sa) /uncircumcised or girlish lady/ Motho e motshehadi ya sa
bollang; moroetsana kapa mosadi ya sa yang lebollong. Mosetsana kapa mosadi wa
diketso tse tletseng bosawana. /bon. Mathisa/ (bap. leqai).
Letho (let-haw) /nothing, zero, none/ Ntle le eng kapa eng; ntle le boteng ba eng
kapa eng; bosio bo felletseng ba ntho e itseng.
Lethoasa (lit-hwa-sa) /intern healer/ Motho ya boemong ba thupello ya ho ba
lethuela kapa ngaka ya setho; motho ya makgatheng a ho ba mokoma. /bon.
Mathoasa/ (bap. Mokoma, lethuela).
Lethodi (let-ho-di) /red hartebeest/ Mofuta wa phoofolo e hlaha ya leloko la
kgomo, seka podi e kgolo, e kgunong kapa kgunoana ka mmala, e manaka a maholo
a shebileng morao. /bon. mathodi/. (mm. Lethodile).
Lethoethoe (let-hwet-hwe) /attentive/ E tsebe e bulehileng hantle bakeng sa ho
mamela; e mamelang ka hloko ka ho sebedisa tsebe. E utloang hantle haholo se
buuwang, se hlalosoang le se boleloang. (mm. Lethwethwe).
Lethoko (let-hu-kaw) /side, aside/ Lehlakore le ka nqa e enngwe ya ntho efe kapa
efe; ka nqa e mabapi le enngwe. /bon. Mathoko/ (bap. lehlakore, mathoko).
Letholopje (let-hu-lup-je) /Village Weaver/ Mofuta wa nonyana o fumanoang
haholo dibakeng tse bulehileng ho kenyeletsoa le meru; e masiba a masehla kapa
mmala wa namuni, le hlooho e ntsho (haholo tse tona), le mapheo a kopantseng
matheba a matsho; e phelang ka ho ja dithotse tsa dimela . /bon. matholopje/.
LETHOPJE (MATHOLOPJE)
Lethonyana (let-hon-ya-na) /something/ Boteng ba eng kapa eng; phumaneho ya
eng kapa eng; boteng bo felletseng kapa bo bonyane ba ntho e itseng. Ketso e ka
etsoang e itseng. /bon. 0/ (bap. hohong).
Lethopa (let-hu-pa) /abscess, boil/ Pokeletso ya boladu sethong seseng sa mmele e
bakang ho kukuneloa, ho kokomoha hoa setho seo le bohloko bo boholo; kokomoho
ya setho se tletseng boladu mmeleng. /bon. Mathopa/
Lethopo (lit-hup-aw) /hosepipe/ Seetsoa sa polasitiki se sebedisoang ho noesetsa
serapana, masimo a dijalo kapa ho tsamaisa metsi ho tloha pompong ho ya sebakeng
seseng. /bon. mathopo/ (bap. senoesetsi).
Lethuela (let-hu-ela) /traditional healer/ Ngaka ya setho e sebedisang methokgo ho
fodisa bakodi, le ditaola ho laola bohloko ba mokudi. /bon. mathuela/ Tem. Ho na le
batho ba sa kgoneng ho etsa phapang pakeng tsa “lethoasa” le “lethuela”. (bap.
lethoasa, mokoma, mocholoko).
308
309
Lethusi (let-hu-si) /adverb/ Lentsoe le hlalosang lehlalosi, lebitso kapa lereho ka ho
totobatsa boemo ba se hlalosoang. ?? /bon. mathusi/ Mohl. Ke mosadi e motle
haholo, empa monna wa hae o motsho hampe. Ena yona e kgobedu hanyane.
Leting (le-ti-ng) /sour beer/ Mofuta wa joala bo bodila. /bon. 0/ (bap. ting).
Letipa (le-ti-pa) /gay/ Motho ya nang le kamano ya pokano le motho ya tshoanng le
yena ka ditho tsa botshehadi kapa botona. Thobalano mmoho ya batho ba tshoanang
ka ditho tsa botona kapa tsa botshehadi. /bon. Matipa/. (bap. Letharaso, tharasi).
Letjeketjane (le-tji-ki-tja-ni) /catapult/ Mofuta wa sebetsa sa kgale se entsoang ka
leratsoana kapa thapo e nkang lejoe le lekaneng ho betsoa kgahlanong le se otloang
kapa se tlamehang ho bolawa. /bon. Matjeketjane/ (bap. Tjeketjela, tsoebila).
Letjoi (let-joi) /datura, thorn apple/ Semela se melang pela malapa, hae, kapa
naheng moo honang le mobu o motle, ebile se ka sebedisoa joalo ka moriana wa
mathata a letlalo (boils). Matjoing: sebaka se hlokang thuso. /bon. matjoi/.
Letlaila (le-tla-ila) /bad singer/ Motho ya sa tsebeng ho bina; motho ya binang
hampe kapa ya sa kgoneng ho bina hantle. /bon. Matlaila/ Mael. Letlaila le tlailela
moreneng: motho ya etsang diphoso o tshoareloa ke bahabo ha a leka ho bontsha
boiteko (bap. ntlailane).
Letlaila (le-tla-ila) /bad speaker/ Motho ya buang dipuo tse senyang kapa tse
utloisang bohloko. /bon. Matlaila/.
Letlaka (le-tla-ka) /vulture/ Mofuta wa nonyana e kgolo, e molala le hlooho e
hlokang masiba, e jang ntho tse shoeleng. /bon. Matlaka/ Mael. Kgang ya monna e
kgaoloa ke letlaka: Ho se dumellane hoa batho ba loantshanang kapa ba
ngangisanang ho fedisoa ke batho ba kahodimo ho bona. Mael. Letlaka le a raha: ho
ba ngata hoa ntho e itseng; ho etsahala haholo hoa ketsahalo e itseng. Mohl. Ha se
dijo ke „tlaka le a raha. Ha se kgora ke letlaka le a raha.
Letlakala (le-tla-ka-la) /dry leaf/ Lehlaku la semela kapa sefate le ommeng nakong
ya qaleho kapa qetello ya Hoetla kapa qalong ya Mariha. Tlh. Matlakala hase dithole
joalo ka ha mefuta emeng ya batho e nahana. (bap. dithole) /bon. Matlakala/.
Letlakaphike (//) /Lappet-faced Vulture/ Mofuta wa nonyana, seka letlaka, o
phelang ka ho ja dibodu tsa ntho tse shoeleng. /bon. Matlakaphike/ (bap.
Letlakapipi).
Letlakapipi (le-tla-ka-pi-pi) /Lappet-faced Vulture/ Mofuta wa nonyana, seka
letlaka, o phelang ka ho ja dibodu tsa ntho tse shoeleng. /bon. matlakapipi/ Tlh.
“Letlakapipi” le “letlakaphike” ke ntho e le nngwe, phapang ke piletso ho ya ka
sebaka.
Letlala (le-tla-la) // (bap. matlala) (sheb. Matlala bakeng sa tshebediso).
Letlalepepiloe (le-tla-le-pe-pi-lwe) /bastard/ Ngoana eo mmae a tlileng le yena
lenyalong pele molekane kapa monna wa hae a ka ba le ngoana le yena; ngoana ya
hlahileng kantle ho le lenyalo. /bon. Matlaapepiloe/ (bap. mothoduwa).
Letlalo (le-tla-law) /skin/ Bokahodimo ba mmele ohle wa motho kapa phoofolo bo
nang le kutlo ya ho thetsoa; setho sa motho kapa phoofolo se aparetseng bokantle ba
mmele ohle. (bap. lekoko, mokgahla).
Letlalo (le-tla-law) /hide/ Setho sa bokantle ba mmele ohle wa phoofolo, sa ntshoa
nameng, sa omisoa mme sa suuwa ho etsa mokgahla, lerapo kapa sesebedisoa seka
seaparo se itseng. /bon. Matlalo/.
Letlaloana (le-tla-lwa-na) /layer/ Bokahodimo ba ntho, seka letlalo, se aparetseng
kapa se bonahalang kantle ho ntho. /bon. Matlaloana/.
309
310
Letlama (le-tla-ma) /shawl like Basotho blanket/ Mofuta wa kobo ya Basotho ya
theko le boleng bo hodimo haholo, e mebala e fapaneng, eo hangata e aparoang
meketeng ya manyalo. /bon. Matlama/.
Letlametlu (le-tla-me-tlu) /berg stream frog/ Serarana sa dinoka: mofuta wa
senqanqana se seholo, se mmele o tsitsinyehang, se mmala o botala bo lerotho, o
dulang dinokeng kapa dibakeng tse metsi a mangata. /bon. Matlametlu/.
Letlapa (le-tla-pa) /rock/ Lejoe le leholo le manameng fatshe, leo hangata le
lekanang le boholo ba lefika. /bon. Matlapa/ Tlh. Lefika le letlapa ke majoe, empa
phapang ke hore ka Sesotho, lefika le ka nka sebopeho sa selomo kapa lehaha, mme
le phahame ka bolelele; ha letlapa le le fatshe mme le pharame ka botenya le ho nama
ka bolelele. (bap. lefika).
Letle (li-tle) /nice, good, beautiful, cute/ Hoa ntho eo lebitso la yona le qalang ka
tlhaku “L”: enang le chebahalo e ratehang; e bonahalang e kgahla leihlo. Mohl. Lejoe
le letle haholo. Le letle lona kea lerata. Leloala le leholo le letle.
Letlere (le-tle-re) /stick wound/ Leqeba la molamu le hlahileng hloohong; borurusi
bo bakoang ke ho batoa kapa ho otloa ka molamu. /bon. Matlere/ (bap. Tlera,
leoma).
Letleretlere (le-tle-re-tle-re) /europrean roller/ Mofuta wa nonyana e talana bo
kopantseng le bosootho, eo ka semelo e hlahang Kontinenteng ya Yuropa le ha e
tholahala naheng ya Lesotho mmoho le Afrika Borwa. /bon. Matleretlere/.
Letloepe (le-tlwe-pe) /gill/ Bokahodimo ba hlooho ya mokoko kapa nonyana ya hae
e tona, bo nang le ponahalo e kgubetsoana. /bon. Matloepe/ (bap. tlopo). Tlh. Batho
babang ba sebedisa lentsoe, “letlopo” bakeng sa “letloepe”.
Letloepetloepe (litl-we-pe-tl-we-pe) /torrential/ Hoa pula: e nang haholo e tlatsang
dinoka, eo metsi a yona a phallang hohle. /bon. Matloepetloepe/ Mohl. Selemong
sena ho tla na dipula tsa matloepetloepe. (bap. Modupi, matloebelele, motloebelele).
Letloha (le-tlu-ha) /fish net/ Moloo wa thapo e thata e nang le masoba e ka
sebedisoang bakeng sa ho koala ntho e itseng kapa ho tshoasa ditlhapi. Sefi sa
ditlhapi. /bon. matloha/ (bap. letanta, letlowa).
Letlole (le-tlu-le) /charity/ Kopanyo le pokeletso ya dichelete le dithuso bakeng sa
batho ba hlokang. /bon. Matlole/.
Letlopo (le-tlaw-paw) /gill/ Karolo e kgubetsoana, seka nama, ya hlooho ya kgoho
kapa nonyana e tona, e bonahalang haholo hloohong. Seseng sa ditho tsa tlhapi se
thsang bakeng sa phefumoloho. /bon. Matlopo/. Tlh. Batho babang ba sebedisa
lentsoe, “letlopo” bakeng sa “letloepe”.
Letlotlo (le-tlaw-tlaw) /fortune, treasure/ Pokeletso ya leruo la dichelete, majoana a
boleng bo boholo le ntho tse ding tse ngata tsa bohlokoa; boteng ba kgora ka baka la
leruo le makgekgeba. /bon. Matlotlo/ (bap. Ramatlotlo) Mael. Letlotlo le wele
mekgoabane: Monono wa ntho tse tholahalang ha bobebe o fihlile.
Letlowa (le-tlu-wa) /net/ Moloo wa thapo e thata e nang le masoba e ka sebedisoang
bakeng sa ho koala ntho e itseng kapa ho tshoasa ditlhapi. /bon. Matlowa/ Tem.
“Letloha” le “letlowa” ke mantsoe a mabedi a bolelang ntho e le nngwe, phapang ke
dibaka tseo Basotho ba dulang ho tsona.
Letoaba (le-twa-ba) /scabies/ Mofuta wa kokoanahloko e bakang botsikinyane bo
boholo letlalong, e nang le ho ngatafala ho ntho tse senyehileng. /bon. matoaba/.
Letoaba (le-twa-ba) // Motho kapa moahi wa Matoabeng. (bap. Matoabeng).
Letobo (le-taw-baw) /reserved marked grazeland/ Sebaka kapa karolo ya naha e
nang le mekolokotoane eo sesupo sa yona eleng ho bontsha hore mehlape ha e ya
tlameha ho fula kapa ho fudisoa ho sona. /bon. matobo/ (bap. leboella). (mm.
310
311
letobong, matobong). Tlh.Hantlentle mantsoe, “leboella” mmoho le “letobo” a na le
meelelo e tshoanang phapang ke peho ya mekolokotoane feela.
Letodi (le-to-di) /mongoose/ Enngwe ya diphoofolo tse hlaha tsa naha, seka mosha,
e maoto a makgutshoanyane, e kgonang ho bolaya dinoha. /bon. matodi/
Letokomane (le-taw-kaw-ma-ne) /peanut/ Mofuta wa semela se behang dikotolana
tse jowang tlasa mobu. /bon. matokomate/.
Letolo (le-tu-lu) /thunder/ Modumo wa maru a pula o bakoang ke boemo ba
lehodimo bo nang le diabenya le tladi. /bon. Matolo/ (bap. letsolo).
Letolobonya (le-to-lo-bon-ya) /traditional female Basotho music/ Tlhodisano kapa
motjeko wa setso wa Sesotho o etsoang ka dihlopha tse ngata, haholo tsa batho ba
batshehadi kapa baroetsana, sebakeng se seholo. /bon. ditolobonya/ (bap. tolobonya).
Letompolo (le-tawm-paw-law) /dumbling/ Bohobe ba phofo ya koro bo pheiloeng
ka mosi wa metsi a belang mme wa kokomoha ho bontsha putso. /bon. matompolo/
Tlh. Lentsoe lena ke sothofatso ya lentsoe la senyesemane, “dumbling”. Lebitso le
nepahetseng la Sesotho ke “leqebekoane”. (bap. sephaphatha).
Letona (le-tu-na) /minister/ Boemo bo boholo ba kokamelo ba mosebetsi wa motho
ya okametseng lefapha le itseng la mosebebetsi wa naha; motho ya ka sehlohlolong
ka boemo ba mosebetsi o itseng wa naha kapa dipolotiki. /bon. Matona/ (bap.
tonakgolo).
Letoto (le-taw-taw) /chronology, sequence/ Tlhopiso ya dintho ho ya ka tatellano ya
tsona; tatellano ya dintho ho ya ka tlhopiso. /bon. matoto/ (bap. lethathama).
Letsa (le-tsa) /ring/ Ho etsa hore modumo o be teng ka ho tobetsa konopo; ho
dumisa seletsa ka ho tobetsa kapa ho sotha setho seseng sa seletsa; ho etsa hore
mmino o utloahale ka ho tobetsa konopo ya sealemoya kapa mochini wa mmino.
Letsa (//) /to tune on music/ Ho etsa hore mmino o utloahale ka ho tobetsa konopo
ya sealemoya kapa mochini wa mmino.
Letsa (li-tsa) /springbok, gemsbuck/ Mofuta wa phoofolo, seka podi, e tholahalang
haholo Afrika Borwa, e qothomang haholo ha e baleha e tshohile. /bon. Matsa/.
Letsapa (le-tsa-pa) /plan, an attempt/ Mokgoa o mong o kgethehileng wa ho etsa
ketso e itseng ha leqheka la pele le hlolehile; teko e ncha ya ho etsa ketso e itseng.
Boiteko ba ho etsa ketso e itseng. /bon. Matsapa/.
Letsatsa (le-tsa-tsa) /escarpment/ Boemo ba thaba ha e hlalosoa ho ya ka sebopeho
sa yona se phahameng, theohelang kapa ka ho nyolohela hoa yona. /bon. Matsatsa/.
Letsatsa (le-tsa-tsa) /ugly girl or female/ Motho e motshehadi eo tshobotsi le
seopeho sa hae sa mmele di hlokang botle. Ngoanana e mobe. /bon. matsatsa/.
Letsatsi (le-tsa-tsi) /sun/ Sebupua sa tlhaho se fanang ka kganya e kgolo ka ho
fetisisa ho lefatshe, ho tloha hoseng, nakong ya motshehare le ho isa ka shaolane;
enngwe ya dinaledi tsa sepakapaka e kgolohadi, e fanang ka kganya ya bophelo
lefatsheng, e hlodiloeng ke Mmopi; naledi e mahareng a sepakapaka, eo dinaledi tse
ding di e potolohang, e fanang ka kganya, matla le mocheso. /bon. Matsatsi/.
Letsatsi (//) /day/ Nako e etsang dihora tse mashome a mabedi a metso e mene, e
qalang ka hora ya leshome le metso e mmedi hara kgitla kapa mpa ya bosiu, ho isa
bosiu bo latelang. /bon. Matsatsi/.
Letsatsi (//) /day/ Ho ya ka bibele: nako ha letsatsi le dikela ka shoalane, hofihlela
shoalane ya mantsiboya a tsatsi le latelang.
Letse (le-tse) /peaceful/ Bokgale ba ho lala. (sheb. Lale bakeng sa tshebediso).
Letseka (li-tse-ka) /policeman, policewoman/ Motho eo mosebetsi wa hae eleng ho
netefatsa hore toka le molao dia lateloa; motho eo mosebetsi wa hae eleng ho thiba le
ho tshoara batho ba tlolang molao. /bon. Matseka/ (bap. leponesa).
311
312
Letsema (le-tse-ma) /co-operation, company, project/ Mokete wa mosebetsi wa
batho ba bangata oo sepheo sa teng eleng ho qeta mosebetsi ka pele; kopano ya batho
ba bangata bao sepheo sa bona eleng ho thusa ho phetha mosebetsi o mongata, o
boima, hanghang. /bon. Matsema/ (bap. letsholo).
Letsete (le-tsi-ti) // Poone e tsetetsoeng tlasa mobu ka sepheo sa ho etsa hore e be
mongobo hofihlela nako ya ho e epolla ha e tlo jewa. /bon. Matsete/ (bap. lekunutu).
Letsete (//) /investment/ Letlotlo, chelete kapa ntho e itseng e bolokiloeng bakeng sa
chai ya kamoso; se tsetetsoeng bakeng sa tshebediso ya ka moso. /bon. Matsete/.
Letsete (le-tsi-ti) /undercover, underground, undisclosed/ Se patehileng kapa se sa
tsejoeng; seo eleng pinyane kapa se sa tlamehang ho tsejoa. Mael. Ho nya matsete:
ho ntsha makunutu; ho bua pinyane.
Letsetlela (li-tsi-tli-la) /curl/ Moriri o harelaneng; moriri o sa otlolohang kapa o
sebopeho se sekoekoe. /bon. matsetlela/.
Letsetsa (li-tse-tsa) // Ketsetso ya ho letsa: ho letsa bakeng sa; ho thusa ho letsa.
Letsetse (le-tse-tse) /flea/ Mofuta wa kokoanyana e lomang le ho noa madi a motho
kapa phoofolo, mme e hlahise lekgopho kapa borurusi moo e lommeng phofu ya sona
teng. /bon. matsetse/ (bap. nta.
Letsetsoa (li-tse-tswa) // Boetsuwa ba ho letsa.
Letsha (lets-ha) /lake/ Sebaka se seholo sa tlhaho sa pokello ya metsi a tsoang ho
noka kapa mohloding wa metsi; pokello e kgolo ya metsi empa e sa fete lewatlana
kapa lewatle. /bon. Matsha/ (bap. qantana, koeetsa, tshakgolo).
Letshekga (lets-he-kga) // Motho wa matshekga kapa moahi ya dulang tulong ya
matshekga. /bon. Matshekga/ (bap. Sekila).
Letshela (lets-hi-la) /cross border/ E tloaetseng ho tshela madiboho nako le nako
kapa kgafetsa. /bon. Matshela/ (bap. lekgoloa).
Letshethetshethe (lets-het-hets-het-he) /helter skelter, chaos/ Boemo ba tsitsipano
le tsikitlano ya meno; boemo ba thibang thibang le semphete ke o fete; boemo ba
morusu le tlhokeho ya kgutso. /bon. Matshethetshethe/.
Letsoabadi (lets-wa-ba-di) /hand blister/ Borurusi bo hlahang bokahare ba matsoho
ka lebaka la ho sebetsa ka thata le ho tshoara ntho tse thata haholo. /bon. matsoabadi/
Letshoafo (lets-hwa-fu) (letshwafo) /lung/ Setho sa mmele se fumanoang ka hara
sefuba, se nang le karolo tse pedi, se ikarabellang bakeng sa phefumoloho le khemo e
tloaelehileng. /bon. Matshoafo/ (mm. letshwafo). Mael. Ho kgoba matshoafo: ho
kgutlisa maikutlo; ho itshoara ka mora ho batla ho halefa.
Letshoala (lets-hwa-la) /big fish, shark, dolphin, whale/ Mofuta wa tlhapi e kgolo
haholo. /bon. Matshoala/ Tem. Lesotho ha hona lewatle, empa hona le dikooetsa,
matsha le dinoka tse kgolo tse nang le ditlhapi tse kgolo.Tse ding tsa ditlhapi tse
tholahalang dinokeng hadio lewatle. Kahoo tlhapi enngwe le enngwe e kgolohadi eka
bitsoa letshoala. (sheb. Ditlhapi, tlhapi).
Letshoao (lets-hwa-aw) (letshoaho) /sign, signage, marking/ Motoa kapa sesupo se
bontshang ntho ka ho e fapanya le tse ding; letheba le sa tshoaneng le amang le
hlalosang ntho e itseng. /bon. Matshoao/ (mm. Letshwao, letsoao, letsoaho). Tem.
Batho le bangodi babang ba kgetha ho se bedisa lentsoe, “letshoaho” hefeta
“letshoao”.
Letshoao-puo (//) /punctuation mark/ Letshwao le sebedisoang mongolong ho
bontsha kgefutso le ho emisa hoa polelo; ho makala; ho kgotsa; ho botsa le ho
bontsha boemo ba lentsoe. /bon. matshoao-puo/ Mohl. , . ; : „“ ” - _ ! ? ( ).
Letshoele (lets-hwi-li) (letsoele) (letsuele) /crowd/ Bongata bo boholo ba batho ba
bokaneng; bongata bo boholo ba batho ba tlileng sebokeng kapa kopanong. /bon.
312
313
Matshoele/ (mm. letsuele, matsuele, letshwele). Mael. Letshoele le beta poho: ho
sebetsa mmoho ho fana ka matla a ho qeta mosebetsi kapele; kopanelo ya mosebetsi
e potlakisa qeto ya ona.
Letshoephenene (lets-hwep-he-ne-ne) /plan B, alternative/ Mokgoa wa ho thola
leqheka leleng ha la pele le hloleha. Bohlale ba ho thola tharollo enngwe. Tlh.
lentsoe lena le sebedisoa le le ka bongateng hangata. /bon. Matshoephenene/.
Letshoeya (lets-hwi-ya)(letshwea) /asthma, asthmatic,/ Lefu le bakang hore mobabi
a hemesele ha bohloko eka o felloa ke moya; lefu le bakoang ke phokolo kapa
tshoaetso ya matshoafo le setho se hulang moya wa ho hema matshoafong. /bon. 0/.
Letshoeya (lets-hwi-ya) /drowsiness/ Mokgathala wa mmele o kopaneng le ho
tsekela; lefu le etsang hore mokudi a kgathale le ho tsekela. (mm. Letsoeea).
Letshohla (lets-haw-hla) /reporter/ Motho ya tshohlang: ya fanang ka tlaleho ya
ditaba tse ncha kapa tse sa tsejoeng; ya tlang le tlaleho ya sephetho le diketsahalo tsa
tikoloho, sebaka kapa lefatshe. /bon. Bomatshotla, matshohla/ (bap. moqolotsi).
Letshohlo (lets-haw-hlaw) /current affair/ Taba ha e phatlalatsoa kapa e tshohloa ka
nako eo e etsahalang ka yona; ketsahalo tsa tikoloho ha di tshohloa ka nako eo di
etsahalang ka yona. /bon. Matshohlo/ (bap. Ditaba, letshohla).
Letshoho (lets-hu-haw) /fear, timidity/ Ketso ya ho tshoha: ho ba le tshabo
kgahlanong le ntho e itseng- haholo e tshabehang, tshosang, e hlaha, e bolayang kapa
e bohale. /bon. 0/ (bap. tshabo). (mm. Letsoho).
Letshollo (lets-hul-law) /dysentry, diarrhoea, typhoid/ Bokudi bo bakoang ke ho se
hlatsoe matsoho pele ho jewa, bo etsang hore mokudi a choehe kgafetsa kgafetsa;
boemo ba ho nyela masepa a metsi ka baka la ho se sebedise mala kapa ho feroleha
ka maleng ke se jeloeng kapa se koentsoeng se itseng. /bon. matshollo/.
Letsholo (lets-hu-law) /mobilization, marshall/ Kopano ya batho ba bangata bao
sepheo sa bona eleng ho thusana bakeng sa ho hlasela sera kapa ba direng; kopano ya
batho ba bangata bao sepheo sa bona eleng ho thusana ho batla ntho kapa motho ya
nyametseng kapa ya lahlehileng. /bon. Matsholo/ (bap. Letsema)(mm. Letsolo).
Letsholo (lets-hu-law) /project, expedition/ Mokgoa wa ho qala mosebetsi o moholo
o batlang basebeletsi, disebedisoa tsa ho o phetha, o tlamehang ho fela ka nako e
beiloeng kapa eo ho dumelloaneng ka yona. /bon. Matsholo/ (bap. letsema). Mohl.
Ho utloahala hore motse ohle o tsoile letsholo ho fedisa khoholeho ya mobu.
Letshwele (lets-hwi-le) /crowd/ (sheb. letshoele bakeng sa tshebediso).
Letsibana (le-tsi-ba-na) /dove/ Mofuta wa nonyana, seka leeba kapa ya lelapa la
leeba, e thokoa bo kopantseng le mmala o mosoeu hangata. /bon. Matsibana/ (sheb.
Dinonyana/.
Letsibolo (lets-ibu-law) /first born/ Ngoana wa pele wa motsoadi kapa batsoadi;
motho ya hlahileng pele lapeng labo; ngoana ya tsoetseng pele habo kapa lapeng
labo. /bon. Matsibolo/ (bap. kgorula).
Letsikgoi (lets-hi-kgoi) (letsekhoi) /spur-winged goose/ Mofuta wa nonyana ya
lepapa la letata; eo hanagata eleng ntsho le hlooho le mapheo a masoeu ka mmala;
ebile e le nonyana e fulang. /bon. Matsekgoi/. (mm. Letshikgoi).
Letsima (lets-im-a) /race, speed/ Ho matha ka sepheo sa ho etsa ditlhodisano; ho
kganna sepalangoang ka sepheo sa ditlhodisano; ho matha kapa ho mathisa ntho e
itseng ka baka la ho batla ho tsoa boemong ba pele.
Letsimile (le-tsi-mi-le) /raced/ Bokgale ba ho letsima.
Letsimisa (lets-im-is-a) /to race after, run after/ Ketsiso ya ho letsima.
Letsimisoa (le-tsi-mi-swa) // Boetsuwa ba ho letsima.
313
314
Letsimo (lets-im-aw) /racing/ Ketso ya ho letsima: mokgoa wa ho matha ka sepheo
sa ho etsa ditlhodisano; kganno ya sepalangoang ka sepheo sa ditlhodisano; ho matha
kapa ho mathisa ntho e itseng ka baka la ho batla ho tsoa boemong ba pele.
Letsina (le-tsi-na) /distillated beer, redistillation/ Moroko o setseng ha ho etsoa
joala, ebe ho etsoa joala ka ho o tlhotla ho etsa joala bo bong hape. /bon. 0/.
Letsiri (le-tsi-ri) /goat fescue, Digitaria setifoloa / Mofuta wa joang ba naheng o
ratoang haholo ke dipodi; o melang nakong tse ngata tsa selemo dibakeng tseding; o
kgonang le ho emela komello hofeta majoang a mangata. Furu ya dipodi. /bon.
Matsiri/.
Letsitse (le-tsi-tse) /rung/ Bokgale ba ho letsa.
Letsitsoe (le-tsi-tswe) /rung/ Boetsuwa le bokgale ba ho letsa.
Letsoai (lets-wai) /salt/ Senoko se sesoeu se qhibidihang ha se nokoa kapa se
kopangoa le metsi kapa dijo, seo hangata se sebedisoang bakeng sa ho fa dijo tatso e
tshoanang le senoko seo. /bon. Matsoai/ (bap. Senoko) (mm. Letswai).
Letsoaitsoai (lets-wa-its-wai) /salty ant/ Mofuta wa kokoanyana e thokoa kapa nala
ka mmala, eo mmele wa yona o tletseng letsoai, e ratang ho bokella dijo tsa yona le
ho di chekela mokoting, e tholahalang malapeng le naheng. /bon. Matsoaitsoai/.
Letsoaka (lets-wa-ka) /mixturing machine/ Sesebedisoa se thusang ho kopanya
motsoako wa dijo pele di phehoa; sesebedisoa se thusang bakeng sa ho kopanya
motsoako wa dintho tse itseng pele di sebedisoa. /bon. Matsoaka/ (bap. lefehlo).
Letsoaki (lets-wa-ki) /material/ Ntho efe kapa efe e sebedisoang ho hlahisa, bopa,
aha kapa ho etsa sehlahisoa se secha. /bon. matsoaki/ (bap. setsoaka).
Letsoalla (lets-wal-la) /citizen, inhabitant, resident/ Moahi wa naha ya hlahetseng
naheng eo eleng ya habo; ya buang puo ya naha ya habo, ya etsang diketso, mekgoa
le moetlo wa naha ya habo ebile a sa tla ka tsietsi naheng eo a phelang ho yona. /bon.
Matsoalla/ (bap. Moahi).
Letsoalo (lets-wa-law) /fear, tremor, panic, trepidation/ Tshabo e bakoang ke ho
tshoha; ponahalo ya ho tsilatsila le ho thothomela ka baka la ho tshoha; boemo bo
etsang hore motho kapa ntho e keneloe ke tshabo le tsitsipano ya kelello le mmele;
pontsho ya ho tshaba. /bon. Matsoalo/ Mael. Letsoalo le molato lea ikahlola: Motho
ya molato o wa iponahatsa ka diketso. (bap. tshabohadi)(mm. Letswalo).
Letsoalo (//) /conciousness, conscious/ Karolo ya kelello ya motho e laolloang ke
boko, e kgonang ho etsa phapang pakeng tsa botle le bobe. Karolo ya moya wa
motho o hanyetsanang le sebe kapa kgohlahalo. Boemo ba ho elelloa, ho etsa
phapang le ho hlokomela se sebe le se setle; bokgoni ba ho inyatsa kgahlanong le
phoso kapa sebe se ka etsahalang ka ho ikgalemela. /bon. Matsoalo/ (bap. tsoalo).
Letsoantle (lets-wan-tle) /foreigner, alien/ Motho eo eseng moahi wa naha ka
tlhaho; motho ya dulang naheng eo eseng ya habo; motho ya jakileng naheng eo
eseng ya habo. /bon. Matsoantle/ (bap. Lesetedi, lekwerekwere, letsoalla, molata).
Letsoapo (lets-wap-aw) /escarpment/ Thaba kapa leralla la majoe le dimela le nang
le motheo kapa moepa o moholo. /bon. Matsoapo/ (bap. selomo, letsatsa, mothati).
Letsoathaka (lets-wat-ha-ka) /peer/ Motho ya hlahileng ka nako e le nngwe le
emong; motho wa tsoalo ya selemo se tshoanang le emong; motho wa bothaka ba
tsoalo ya dilemo le emong. /bon. Matsoathaka/ (bap. thaka, thakaka, thakangoaha).
Letsoedingtsoetla (lets-we-ding-tswe-tla) /crooked, irregular/ Hoa ntho kapa tsela:
e sa otlolohang, e makgutla, e dikgutlo kgutlo, e sa emang hantle ka kotloloho.
Letsoela (lets-we-la) /quiter/ Motho ya leselang boemo bo bobe; motho ya leselang
ho tsoela pele ka ketso e itseng. /bon. matsoela/ (bap. tsoela, tsoelo).
314
315
Letsoele (lets-we-le) /breast/ Setho sa motho e motshehadi kapa phoofolo e tshehadi
se hlahisang lebese nakong tsa ho anyesa ka mora ho tsoala ho fihlela nako ya ho
kgusa. /bon. Matsoele/. (mm. Letswele).
Letsoemila (lets-hwe-mi-la) /red-winged starling/ Mofuta wa nonyana e hlaha e
ntsho, e nang le masiba a makgunong a mapheo, le hlooho e thokoa, haholo e tona; e
tholahalang haholo Afrika; e phelang ka ho ja mekgase e bonahalang hodima
diphoofolo mmoho le dikokonyana. /bon. Matsoemila/ (mm. Letshwemila).
Letsoete (lets-we-te) // Mofuta wa tadi e tholahalang haholo masimong, e etsang
mekoti e mengata, eo e phelang ho yona. /bon. Matsoete/ (bap. tsoete, kgoiti).
Letsoho (lets-aw-haw) /hand/ Setho sa mmele se qalang lehetleng ho isa qetellong
ya manala a seatla; setho sa mmele se thusang bakeng sa ho nka, ho phamamisa, ho
tshoara moroalo le ho etsa ntho tse ding tse ngata. /bon. Matsoho/ Mael. Ho beha
matsoho: ho hlohonolofatsa ka ho thetsa ka diatla kapa seatla hodima hlooho. Mael.
Letsoho la monna le mokolla: motho wa monna o kenya letsoho mosebetsing a thuse
ha a fihla ho sebetsoa. Mael. Ho inela matsoho metsing: ho leballa diphoso kapa
mefokolo. Mael. Ho ba letsoho: ho utsoa kapa ho ba leshodu. Mael. Ho kenya
letsoho: ho ba le seabo mosebetsing o itseng; ho ameha tlhophisong ya ntho e
itseng; ho thusa emong kapa babang ka se itseng; ho ba karolo ya mokgatlo,
sehlopha kapa sechaba ka ho thusa.
Letsoiri (lets-wi-ri) /mountain glory, penthaschistis oreodoxa/ Mofuta wa joang bo
bonahalang haholo dithabeng kapa naheng. /bon. Matsoiri/ (mm. Letswiri).
Letsoku (lets-o-ku) /red dye, ochre/ Motsoako o mokgubedu o sebedisoang bakeng
sa ho tlotsa setsoejane, lekoloane, lethuela kapa motho ya phethang mosebetsi wa
setho kapa lelomolo le kgethehileng. /bon. Matsoku/.
Letsolo (le-tsu-lu) /thunder/ Modumo wa maru a pula o bakoang ke boemo ba
lehodimo bo nang le diabenya le tladi. /bon. Matsolo/ (bap. lehadima).
Letsopa (lets-u-pa) /clay/ Mofuta wa mobu o kopaneng le ho teteana haholo, o
sebedisoang bakeng sa ho bopa le ho etsa dibopeho tse itseng. /bon. Matsopa/.
Leutloela (le-utl-we-la) /secret agent, undercover agent/ Motho ya batlang bonnete
ba ditaba kapa ketsahalo e itseng ka ho iphapanya. /bon. Mautloela/. (bap. Sehlola).
Leutsoe (le-uts-we) /burglar, shoplifter, larcenist/ Motho ya utsoang: ya nkang seo
eseng sa hae ntle le tumello kapa taelo; ya nkang thoto kapa diphahlo ka bonokoane;
ya nkang ka ho sebedisa boqhekanyetsi kapa botsotsi. /bon. mautsoe/ Tem. Batho ba
bangata ba sebedisa lentsoe lena “mautsoe” le le ka bongateng joalo ka ha eka ke
bonngwe. (bap. leshodu).
Levitike (le-fi-ti-ke) /leviticus/ Buka ya boraro ya bibele testamenteng ya kgale, e
lateloang ke buka ya Numere. Tem. Lentsoe kapa lebitso lena, “levitike” le bolela
“yaba o wa bitsoa”. Hape, lentsoe lena le itshetlehile haholo ho tlhaloso ya Balevi
eleng baruti baneng ba kgethehile ba Israele nakong tsa mehla ya Moshe.
Lewa (li-wa) /plan/ Mokgoa wa ho thola leqheka leleng ha la pele le hloleha.
Bohlale ba ho thola tharollo enngwe e fapaneng le ya pele. teko e ncha ya ho etsa
ketso e itseng. Boiteko ba ho etsa ketso e itseng. /bon. Mawa/ (bap. Letsapa). Tlh.
Bongata ba mantsoe, “lewa” mmoho le “sewa” a tshoana le ha a sa bolele ntho e le
nngwe.
Lewatla (le-wa-tla) /brainless, sluggish, thickheaded/ Motho ya etsang ketso tse
hlokang kelello; motho wa boko bo fokolang; motho wa boko bo chesang; motho ya
botsoa ho nahana hantle ka tsela e tloaelehileng. /bon. Mawatla/.
Lewatlana (le-wa-tla-na) /sea/ Pokello e kgolo ya metsi a dinoka e fetang ya letsha
le qanthana ka boholo, e tholahalang hara dinaha. /bon. Mawatlana/ Tem. Mawatlana
315
316
a tsebahalang a dinaha ke Red sea, Mediterranean sea, Black sea, Baltic sea le amang
a mangata.
Lewatle (le-wa-tle) /ocean/ Pokello e kgolohadi ya metsi e aparetseng le ho potapota
mafatshe a dinaha, eo ho yona ho tholahalang karolo le bongata ba dibupuwa tsohle
tsa metsi. /bon. Mawatle/ Tem. Mawatle a tsebahalang a lefatshe ke Pacific ocean,
Atlantic ocean, Indian ocean, Antarctica ocean le Arctica ocean.
Leyo (li-yaw) (ha leyo) /of a thing: not there/ Hoa lebitso kapa lereho le qalang ka
tlhaku “L”: le sa fumaneheng kapa le sa tholahaleng moo le batloang teng; le sio kapa
le fumanoeng sebakeng. Mohl. Lejoe leo o buang ka lona ha leyo mona. (bap. Hoyo,
keyo, ayo, eyo, boyo, yo).
Lla (l-la) /cry/ Ho ntsha sello ka molomo ka baka la bohloko ba leqeba kapa ho
lahleheloa; ho bontsha ho hlonama ka ho ntsha dikgapha; ho ntsha dikeledi ka baka la
bohloko ba pelo; ho bontsha bohloko ka baka la ho etsoa hampe. (bap. lela). Mael.
Lehlaahlela le lla ka leleng: batho ba tlemeha ho thusana.
Llaka (l-la-ka) /cry loudly/ Phethako ya ho lla; ho lla kgafetsa. (mm. Bokollaka).
Lle (l-li) /don‟t cry/ Seka lla; emisa ho lla. Mael. Ngoana ya sa lleng o shoela
tharing: motho ya thotseng le ha a na le bothata a ka bolawa ke tloaelo e joalo.
Motho ya sa kgoneng ho ipuella a ka kena tsietsing e kgolo.
Llela (l-le-la) /cry for/ Ketsetso ya ho lla. Mael. Ho llela motsotso: ho itshola kapa
ho itshoaya phoso ka lebaka la botlaila bo entsoeng pejana.
Lleloa (l-le-lwa) // Boetsuwa ba ho lla. Mael. Moiketsi ha a lleloe: motho ya
ikarabellang mathateng a hae ha a tlameha ho utloeloa bohloko.
Llile (l-li-le) /cried/ Bokgale ba ho lla.
Llisa (l-li-sa) /poignant, sad/ Ketsiso ya ho lla: ho etsa hore motho a utloe bohloko
ka baka la ketso kapa ketsahalo e itseng; ho hlomola pelo kapa ho utloisa bohloko.
Lliwe (l-li-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho lla. (mm. Llioe).
Lloa (l-lwa) // Boetsuwa ba ho lla. Mohl. Kea bona hore mona ho a lloa.
Loana (lwa-na) /to fight, assault, battle, clash, conflict, brawl/ Boemo ba ho
otlana, shapana, mulana, qoaketsana kapa ho behana matsoho kapa ho sebedisa
dibetsa kgahlanong le motho kapa batho ka tsela e ka ntshang kotsi kapa ya bolaya;
ho futuhela ntho kapa motho ka sepheo sa ntoa; ho hlasela ka sepheo sa ho se
kgotsofale kapa kgotsofatsoe; ho bua mantsoe a bohale a ntoa. (mm. Lwana).
Loanela (lwa-ne-la) /fight for/ Ketsetso ya ho loana: ho loana bakeng sa.
Loantsha (lwa-nts-ha) /fight against/ Ketsiso ya ho loana.
Loantshoa (lwa-nts-hwa) /fought at/ Boetsuwa ba ho loana.
Lobokana (law-baw-ka-na) ?? /disband, scatter, disunite/ Ho ba boemong ba ho
arohana ka ho tlalatlala le sebaka; ho ba seemong sa ho betseha ka ho ya nqalong tse
fapaneng; ho ya koana le koana.
Lobokano (law-baw-ka-naw) /scattering, disbanding/ Ketso ya ho lobokana:
mokgoa wa ho arohana ka ho tlalatlala le sebaka; ho betseha ka ho ya nqalong tse
fapaneng; ho ya koana le koana. (bap. Tobokano).
Lobokantse (law-baw-kan-tse) // Bokgale ba ho lobokanya.
Lobokantsoe (law-baw-kan-tswe) // Bokgale le boetsuwa ba ho lobokanya.
Lobokanya (law-baw-kan-ya) // ho arohana ka ho tlalatlala le sebaka; ho betseha ka
ho ya nqalong tse fapaneng; ho ya koana le koana.
Lobokanyo (law-baw-kan-yaw) // Ketso ya ho lobokanya: ho arohana ka ho tlalatlala
le sebaka; ho betseha ka ho ya nqalong tse fapaneng; ho ya koana le koana.
Lobokanyoa (law-baw-kan-wa) // Boetsuwa ba ho lobokanya.
316
317
Lodi (lo-di) /cyperus marginatus/ Mofuta wa joang o hlokang mahlaku, oo hangata o
hlahang bakeng tse mongobo kapa pela metsi, o sebedisoang bakeng sa ho loha hape
o ka sebedisoa joalo ka moriana wa mafu a thobalano. /bon. 0/ (mm. lelodi, loli).
Loela (law-ela) /to get momentum/ Hoa ketsahalo: e nkang kapa e bang le sekgahla
ha e tsoela pele; ebang monate ha e tsoela pele. Mohl. Mokete ona o wa loela.
Loela (law-ela) /condense, undilute, thicken/ Hoa motsoako wa metsi: ho etsa hore
seno se hlapolohileng haholo se tsebe ho noeha ka ho kenya motsoako omong o
matla, o fanang ka tatso enngwe. (bap. hlapolosa, hlapolla).
Loetse (lwe-tse) /september/ Kgoedi ya borobong ya alemanaka ya kajeno, e tlang
ka mora Phato, e lateloe ke Mphalane. Kgoedi ya pele ya selemo sa Sesotho, eo
bophelo ba dimela tse tala bo qalang ho hloma. /bon. 0/ (mm. lwetse).
Loetse (lwe-tse) /complete, full, concentrated/ E tletseng kapa e felletseng.
Lofa (law-fa) /abscond/ Ho ba sio mosebetsing ntle le mabaka; ho ipha dimenyane
ntle le tsebiso; ho nyamela mosebetsing. Tem. Lentsoe lena ke sothofatso ya lentsoe
la molata “loafer”, lentsoe le nepahetseng la sesotho ke “sio” kapa “nyamela”.
Lofile (lo-fi-le) /absent/ Bokgale ba ho lofa. (bap. sio).
Lofisa (lo-fi-sa) // Ketsiso ya ho lofa.
Lofisitsoe (lo-fi-sits-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho lofa.
Lofisoa (lo-fi-swa) // Boetsuwa ba ho lofa.
Loha (lu-ha) /braid/ Ho etsa moloho wa moriri; ho tlama moriri ka tsela e makgethe
ya bokgabane; ho etsa mafito moriring ka sepheo sa ho kgabisa.
Loha (lu-ha) /sew, knit, plait, weave/ Ho etsa thapo ka kgoele kapa mofuta o itseng
wa semela; ho mena kapa ho kopanya ka hareng, kgoele kapa thapo. (bap. Roka).
Lohle (lo-hle) /all: of words starting with “L” / Lentsoe kapa seemedi se
sebedisoang ho akaretsa ntho eo lebitso la yona le qalang ka tlhaku “L” joalo ka:
lehloa lohle, lewatle lohle, lehoatata lohle, jj.
Lohotha (lu-hut-ha) /imagine, ponder/ Ho ho bua ka pelo se etsahalang kapa se
tlamehang ho etsahala; ho nahana ntle le ho bua ka bohato bo ka nkuwang
kgahlanong le ketso e itseng. (bap. touta).
Lohotha (lu-hut-ha) /reconsider/ Ho nahana ka qeto e ka nkuwang mabapi le ketso
kapa ketsahalo e itseng ya pejana.
Lohotho (lu-hut-haw) /reconsideration, imagination/ Ketso ya ho lohotha: ho
nahana ka qeto e ka nkuwang mabapi le ketso kapa ketsahalo e itseng ya pejana.
Loka (lu-ka) /be kind, just, meek/ Ho ba boemong ba maikutlo le pelo e ntle; ho ba
le mekgoa e metle, e bontshang mohau, mamelo le kutloelo bohloko.
Loka (lu-ka) /to be fine/ Ho ba boemong bo botle ba bophelo kapa tshebediso; ho se
tshoenyehe mmeleng kapa maikutlong.
Loka (law-ka) /to lock/ Ho etsa hore ntho e bulehang joalo ka lemati e notlelehe.
Lokela (lu-ke-la) /good for, fit for, required to/ Ho ba boemong ba ho sebedisoa
kapa ho sebeletsa; ho ba makgatheng a matle a ho etsa ketso e itseng.
Loketse (lu-ke-tse) // Bokgale ba ho lokela.
Lokile (lo-ki-le) /kind, good, fair/ E mosa ka diketso, e iphotlileng ka mekgoa e
metle.
Lokile (//) /well, okay, fine/ E boemong bo nepahetseng ba ho etsa ketso e itseng; ho
se tshoenyehe mmeleng kapa maikutlong. E bonahatsang tokafalo kapa botle.
Lokile (lo-ki-le) (ho lokile) /alright/ Hoa boemo ba maikutlo kapa tebello: e
nepahetseng ho ya ka tebello; eo botle ba yona bo lebelletsoeng. Mohl. Le ha a
bonahala a le monyane dilemong, ho lokile hore a ka tsoela pele.
317
318
Lokisa (lo-ki-sa) /fix, correct, rectify/ Ketsiso ya ho loka: ho etsa hore ntho kapa
motho a be boemong bo botle ba bophelo kapa tshebediso.
Lokisa (lo-ki-sa) /adjust, regulate, repare, sort/ Ho etsa hore ntho e be boemong bo
phethahetseng; ho etsa hore ntho e hloke sekodi kapa bobe; ho etsa hore molao kapa
taba e utloahale ka ho tlosa phoso kapa ho fetola molawana o itseng; ho beha
seemong se lokileng kapa se phethahetseng. (bap. laofatsa).
Lokisa (//) /make perfect/ Ho etsa hore ntho e fosahetseng e nepahale ka ho tshoaha
diphoso; ho nepahatsa se fosahetseng hore se be maemong a matle.
Lokisetsa (lo-ki-se-tsa) /prepare for, ready/ Ho ipeha boemong bo botle bo
loketseng ho etsa ketso e itseng.
Lokisitse (lo-ki-si-tse) // Bokgale ba ho lokisa.
Lokisitsoe (lo-ki-sits-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho lokisa.
Loko (law-kaw) /lock/ Sesebedisoa se thusang kapa se sebedisoang bakeng sa ho
notlela lemati kapa monyako; se sebedisoang ho notlela lemati hore bokeno bo se be
teng. /bon. Diloko/ Tem. Lentsoe lena ke sothofatso ya lereho la molata “lock” ha
lentsoe le nepahetseng la Sesotho e le “senotlolo”. (bap. senotlolo).
Lokolla (lo-kul-la) /unlock/ Ketsollo ya ho loka: ho etsa hore ntho e koetsoeng joalo
ka lemati e notlolohe, e bulehe. (bap. Notlolla).
Lokolla (lu-kul-la) /free, emancipate, liberate/ Ho etsa hore batho kapa ntho e
ditlamong e lokolohe; ho etsa hore bokgoba bo fele; ho etsa hore batshoaruwa kapa
makgoba a tsoe ditlamong tsa bokgoba. Ho etsa hore batho le naha ya bona e ipuse
kapa e kgaotse ho busoa ke naha enngwe; ho kgaotsa ho ba tlasa taolo ya mmuso wa
naha enngwe.
Lokolla (lu-kul-la) /acquit/ Ho ntsha motho kgotla ka mora ho mo fumana a hloka
molato. Ho lokolla nyeweng.
Lokoloha (lu-ku-lu-ha) /liberated, free/ Ketsahalo ya ho lokolla: ho ba boemong ba
boipuso; ho ba boemong ba ho itaola kapa ho etsa thato ya bowena le naha ya heno;
ho ba maikutlong a hlokang ho laeloa kapa ho hatelloa.
Lokotsa (lu-ku-tsa) /make loose/ Ho etsa hore ntho e be le motsamao o lokolohileng
ka ho e tlamolla; ho tsamaya ntle le ho tlangoa ka thapo kapa lerapo; ho ba boemong
bo hlokang tshitiso ya motsamao.
Lokotseha (lu-ku-tse-ha) /to loosen/ E motsamao o lokolohileng; eo ho lokolloa hoa
yona ho bakang motsamao o hlokang tshitiso.
Lolololo (law-law-law-law) /continuously/ Hoa puo kapa ketsahalo: ka tsela e sa
feleng, e tsoelang pele nako e telele; molebe.
Loma (lu-ma) /bite/ Ho kenya meno ho; ho hlephola ka maino; ho tsukutla ka meno;
ho tsenkolla ka meno. Mael: ho loma tsebe: ho joetsa motho emong ditaba tse ncha
kapa lekunutu. Mael. Ho lomahanya meno: ho tsitlallela ntho e itseng. Mael. Ke nta
ya selomela kobong: lehlabaphio kapa sera; motho ya iketsang eka o rata emong
empa ho se joalo.
Lomahantse (lu-ma-han-tse) /obdurate, adamant, firm/ E kapa ya bontshang ho se
chechelle morao ka seo a se buang; e sa bontsheng ho fetola maikutlo ha bobebe; e
kapa ya bontshang boikemisetso . Bokgale ba ho lomahanya.
Lomahanya (lu-ma-han-ya) /firm, adamant, obdurate/ Ho bontsha ho se cheche ka
se buuwang; ho ngangella le ho tsoela pele ka ketso e itseng.
Lomaka (lu-ma-ka) /bite repeatly, severe/ Phetako ya ho loma: ho loma hangata.
Lomana (lu-ma-na) /bite each other/ Ketsetsano ya ho loma.
Lomosa (lo-mu-sa) /to leaven, ferment, yeast/ Ho kenya tomoso sejong se hlokang
ho bedisoa ka tomoso.
318
319
Lona (lu-na) /you all/ Seemedi se bontshang batho ba ka bongateng; lentsoe le
bontshang batho ka ho ba supa ba le ka bongateng. (bap. bona).
Lona (law-na) /it: used with nouns starting with “L”/ Seemedi se bontshang ntho
eo lebitso la yona le qalang ka tlhaku “L”. Mohl. Ke ya le rata lona empa nkeke ka le
nka honajoale. Lea shebahala lona leha le batla ho hodisoa pele.
Lonya (lon-ya) /atrocious, brutal, callous, ferocious/ Hoa motho kapa phoofolo: e
pelo e mpe; e hlokang mohau le kutloelo bohloko; e diketso tse hlaha ka ho fetisisa; e
hlokang botho; e kgopo ka tsela e makatsang. (bap. soro).
Lopolla (lu-pul-la) /to emancipate, free/ Ho tlosa bokgobeng; ho etsa hore motho a
lokolohe ditlamong; ho ba boemong bo lokolohileng ba kelello.
Lopoloha (lu-pu-lu-ha) /to be free/ Ketsahalo ya ho lopolla: ho lokoloha bokgobeng,
ditlamong le kelellong.
Lopotsia (lo-po-tsi-a) /tithing, offering/ (sheb. dilopotsia bakeng sa tshebediso).
Lora (law-ra) /to dream/ Ho ba le ketsahalo e bonoang nakong ya boroko; ho bona
diketsahalo borokong; ho nahana ka diketsahalo nakong ya ho kgaleha.
Lora (law-ra) /to talk nonsense/ Ho bua ntho kapa puo e hlokang kelello.
Lore (law-re) /exclamation: burn completely/ Lekgotsa le bontshang ho cha ka
tsela eo ho salang molora feela; ho cha ka botlalo, ntle le masalla a letho.
Lotha (lut-ha) /puzzle, term/ Ho etsa ketso e nang le selotho: ho bua puo e thata, eo
ho seng bobebe ho e utloisisa. Ho bua lentsoe kapa mantsoe a thatahadi. Tem. Hona
le batho kapa bangodi babang ba puo ya Sesotho ba sothofatsang lentsoe la
senyesemane, “term” ba le bitse “theme” kapa “thema”, eleng ntho e fosahetseng
haholo ebile e hloka moelelo o nang le kelello. Kgetho e nepahetseng ya Sesotho e ka
ba ho “lotha”.
Lothana (lut-ha-na) /puzzle each other/ Ketsetsano ya ho lotha.
Lotho (lut-haw) /terminology/ Ketso ya ho lotha: tshebediso ya mantsoe a thata a sa
tloaelehang puong ya sechaba sefe kapa sefe. Mohl. Lephurakgoahla, ngobiso, tolodi,
tolotshoana, tshumu, tshuinyana, kgoaba, kgoabana, mohlophollo, mokakailane,
moshoashoailane, mafiakgoho, mokoalaba, mothoanahelele, motshoetshoe, phosulo,
tlhatlharatlhetlhe, senyakamahloana, potele, sebutsoabutsoane, letlalepepiloe,
tloeperenyoepe, mocholoko, tsekana, motanyane, jj.
Lotho (Lut-haw) /ambiguousness, abstruse/ Puo kapa ketsahalo e thata ho
utloisisoa ke kelello; ketsahalo e sa hlaloseheng ha bobebe; boemo bo thata ba
kutloisiso. (bap. selotho, keakea).
Lotho (lot-ho) /lotto, lottery/ Papadi kapa mokgoa wa ho becha le ho kgetha palo e
tla hlaha bakeng sa ho hlola.
Loti (lu-ti) /drakensburg mountain/ Dithaba tse kgolohadi tsa naha ya Lesotho le
karolo enngwe ya Free State ka nqa ya Kwa-Zulu Natal. /bon. Maluti/. (mm. maloti).
Loti (lu-ti) /Lesotho currency/ Chelete ya naha ya Lesotho. Makgekgeba a emelang
naha ya Lesotho. /bon. Maloti/ (mm. Luti).
Lotomantse (law-taw-man-tse) /arranged/ Bokgale ba ho lotomanya.
Lotomantsoe (law-taw-man-tswe) /arranged/ Boetsuwa ba ho lotomanya.
Lotomanya (law-taw-man-ya) /arrange by sequence/ Ho hlophisa dintho hantle ka
tatellano kapa letoto le letle; ho hlopha ka letoto. Ho lokisa ka tatellano.
Lotomanyo (law-taw-man-yaw) /sequential arrangement/ Ketso ya ho lotomanya
kapa ho hlophisa dintho hantle ka tatellano kapa letoto; hlophiso ka letoto kapa
tatellano.
319
320
Loya (lo-ya) /bewitch, to be a witch/ Ho sebedisa meriana le methokgo ya boloi
bakeng sa ho hlokofatsa, bolaya, kudisa, holofatsa kapa ho phethahatsa ditakatso tsa
memeya e mebe. Ho etsa diketso tsa moloi. Ho ba ledinyane la satane. (bap. Boloi).
Luka (lu-ka) /Luke/ Buka ya bibela ya boraro (3) Testamenteng e ncha, e buang ka
tlhaho, thero le bophelo ba Morena Jesu Chreste.
320
321
Mmm
PALE:
Tlhaku ya leshome le metso e meraro (13) ya Sesotho. Ka puo efe kapa efe ya Afrika
Borwa, kapa Afrika e ka Borwa, tlhaku “M” e ya mothofatsa: e etsa hore mareho a
mangatanyana a hlalose motho. Hape, tlhaku “M” ke enngwe ya ditlhaku tse
ngatahadi puong tsa batho ba batsho. Mabitso a batho le a dichaba a fumanwa
tlhakung ena.
Tlhokomediso: ka Sesotho, tlhaku “M” eka boela ya sebediswa ho mantswe kapa
maetsi a bitswang leetsuwa/maetsuwa jwalo ka: bolaya=mpolaya, fa=mphe,
phelekanyetsa=mphelekanyetsa, phoqa=mphoqa, matha=mmathela, makatsa=
mmakatsa, jwalo jwalo. Hona ho etsa hore mantsoe a “M” a be mangata le hofetisisa
ho ya ka patlamantsoe ya Sesotho le ha e se ohle a kenyeleditsoeng.
M (em) //.
Ma (ma) /pluralizing prefix/ Sehlongoapele se sebedisoang bakeng sa ho ngatafatsa
mantsoe a qalang ka tlhaku “L”. Mohl. Lengeloi=mangeloi, letanta=matanta,
lerata=marata, lesole=masole, lejoe=majoe, lewatle=mawatle, lefatshe=mafatshe, jj.
Ma (ma) /verbs personifying prefix/ Sehlongoapele se mothofatsang maetsi kapa
mantsoe a itseng a puo ya Sesotho ho a etsa motho kapa ho hlalosa motho le mokgoa
kapa sebopeho sa hae. Mohl. Tsosa=matsoso, tseba=matseba, ja=maja, jara=majara,
lefana=malefane, sututsa=masututsa, pedi=mabedi, jj. Tlh. Sehlongoapele sena ha se
bolele hore lentsoe le ka bongateng, empa se etsa hore leetsi ebe motho. Bongata
(plural) ba mantsoe a joalo bo teng. Mohl. Matsoso=bomatsoso, matseba=bomatseba,
majara=bomajara, malefane=bomalefane, masututsa=bomasututsa, jj.
Maan (ma-an!) /exclamation: please!/ Lekgotsa le sebedisoang ho hanyetsana le puo
kapa ketsahalo e itseng ka bohale. Mohl. O seke wa nkomanya maan! Tlh. Lentsoe
lena le ratoa ho sebedisoa ke batho ba batsho, haholo Basotho, le ha ho sa tsebahale
qaleho ya lona le lebaka. Ka puo ya Afrikaans lentsoe lena hale sebedisoe joalo ka
lekgotsa, empa le na le moelelo omong o fapaneng le tshebediso ya batho ba batsho.
Mabalane (ma-ba-la-ne) /urban area, suburb/ Sebaka se pela toropo; motse o
haufinyane le ditoropo. /bon. 0/ (bap. lehaeng).
Mabalankoe (ma-ba-lan-kwe) (mabalankwe) /summary/ Ketso e etsoang ka ho
kgutsufatsa kapa ka bokgutshoanyane; kakaretso ya kapele; ho bala kapa ho ngola ka
ho kgutsufatsa polelo kapa moqoqo o molelele. /bon. mabalankoe/.
Mabalankoe (ma-ba-lan-kwe) (mabalankwe) /highlights/ Ketsahalo e bontshang
pontsho e itseng ka bokgutshoanyane kapa ka ho qapoqapola. /bon. mabalankoe/
Mabapa (ma-ba-pa) /in connection with/ Ka lebaka le amanang le; ka tsela e
amanang le; ka sepheo sa ho amana le.
Mabapi (ma-ba-pi) /near/ Haufinyane le kapa pela ntho e itseng; lehlakoreng le
haufinyane le; nqa e pela ntho e itseng. Tlh. Batho babang ba sebedisa lentsoe
“mabapa” bakeng sa “mabapi” ho bolela haufinyane le.
321
322
Mabarebare (ma-ba-re-ba-re) /hearsay, rumour, allegation/ Puo e hlokang bonnete,
eo ho buuwang ka yona ntle le netefatso kapa sebele sa yona; puo ya mmomori, e
hlokang botsitso le nnete. /bon. Bomabarebare/ (bap. Mmomori).
Mabedi (ma-be-di) /twosome/ Hoa palo ya dintho tse ka bongateng: tse fetang
bonngwe empa di le ka tlasa boraro. (bap. pedi).
Mabolopi (ma-bo-lo-pi) /Sunbird/ Mofuta wa nonyana hlooho e talana, mokokotlo o
kopantseng botala le boputsoa bo tebileng; mapheo a mathokoa le setona se boputsoa
bo tebileng; e tholahalang haholo dithabeng, matsatseng, dirapeng tse hlaha le joang
bo bolelele; e phelang ka makgalana le diphoofotsoana tse nyane tsa naha. /bon.
Mebolopi, mabolopi/
Mabothobotho (ma-bawt-haw-bawt-haw) /soft and spongy/ E bonojana haholo ha e
tshoaroa kapa ho duloa hodima yona, kapa e aperoe. E bothoselang. E bochoselang.
Mabuaneng (ma-bu-a-ne-ng) /Kurrichane Buttonquail/ Mofuta wa nonyana e nyane
e fumanoang haholo dibakeng tse chesang tsa joang le merung e teteaneng; e
bokahodimo bo bosoothoana le metoa ya bosweu, le mapheo a mathokoa a
bonahalang haholo ha e fofa; e phela ka dithotse tsa dimela kapa dikokoanyana. /bon.
bomabuaneng/.
Macha (ma-cha) /new ones, fresh ones/ Hoa dintho tse ngata: tse sa tsoa hlahisoa
kapa tse sa tsoa fihla; tse so sebedisoeng kapa tse maemong a matle; tse sa tsoa rekoa,
tseo eleng hona di fihlang. (bap. ncha).
Machaba (ma-cha-ba) /international/ E etsahalang lefatsheng ka bophara; e
tholahalang hohle lefatsheng; e teng dinaheng tsohle tsa lefatshe; e emelang kapa eo
tshebeletso ya yona e fihlang dinaheng tsohle tsa lefatshe. (bap. sechaba).
Machache (ma-cha-che) /type of blanket/ Mofuta wa kobo ya setso ya Basotho;
enngwe ya dikobo tsa Basotho e ntle haholo. /bon. Machache/.
Madambadamba (ma-tam-ba-tam-ba) /chaos and disorder/ Boemo ba moferefere,
morusu le mokutu; boemo bo hlokang taolo le tsepamo; mokgoa wa ho etsa diketso
tse sa tloaelehang. /bon. 0/ Mohl. Bana ba banyane ba noa joala le bontata bona
sena ke madambadamba feela. Tshepo Tshola o re peto ya makgabunyane mehleng
ya kajeno ke madambadamba feela.
Madi (ma-di) /blood/ Lero le lefubedu le tholahalang mmeleng ohle wa motho kapa
phoofolo; lero le lekgubedu le tsamaisoang ke methapo ya mmele ho potoloha ka
thuso ya pelo. /bon. 0/ (mm. mali).
Madiela (ma-di-ela) /defaulter, deceiver/ Motho ya hlolehang ho lefa seo a se
rekileng. Motho ya dielang ba bang ka dipuo kapa ka ho sebedisa matla.
Madiela (ma-di-ela) /retiring person, pensioner/ Motho ya boemong ba ho tlohela
mosebetsi kapa ketso e itseng ka baka la maemo a botsofe kapa mabaka a itseng;
motho ya dilemong tsa botsofe, ya sa hloleng a sebeletsa monga hae. /bon.
bomadiela/.
Madimabe (ma-di-ma-be) /bad luck, misfortune, ill-omened/ Hoa boemo ba motho:
ya hlokang lehlohonolo; eo ntho tsa hae di sa etsahaleng ho ya ka morero; eo ntho tse
mpe di etsahalang ho yena. (bap. Bomadimabe) (mm. malimabe).
322
323
Madimong (ma-di-mu-ng) /operation theatre/ Sebaka sa kokelo kapa kalafo moo
batho ba kulang ba buweloang teng: ho roka, ho ntsha le ho lokisa ditho tse itseng tsa
mmele, tse bakang bohloko kapa bokudi. /bon. 0/ (mm. malimong).
Madito (ma-di-to) /I saw it first on the ground/ Lekgotsa kapa puo e bontshang hore
mmuwi o bone ntho e itseng fatshe pele ho emong; lentsoe le sebedisoang ke mmuwi
ho bontsha seo a se boneng pele ho mmuwiswa. Mohl. Madito motsoala!
Madubatsana (ma-du-ba-tsa-na) /before dusk/ Nako ya mantsiboya eo letsatsi le
seng le batla ho dikela pele ho shoalane. (bap. Shoalane, mathubatsane) Tlh. Lentsoe
le nepahetseng haholo ke “mathubatsana” hofeta “madubatsana” le ha ho na le batho
ba sebedisang lentsoe la bobedi dibakeng tseding. (mm. madubatsana).
Madungoadungoane (ma-du-ng-wa-du-ng-wa-ne) /dawn/ Hoseng haholo pele
letsatsi le chaba; ka meso hoseng ho sa le lefifi. (mm. Madungwadungwana,
malungoalungoane) (bap. shoalane, meso, matjeke).
Maelana (ma-e-la-na) /idio