Dipehelo tsa Therisano

Transcription

Dipehelo tsa Therisano
SESOTHO
3.6.1 Palo ya baromuwa ho (ITF) ho tswa
Mokgatlong/Baemedi ba Komiti
Mekgatlo e tlameha ho nehelana ka baromuwa ba yona ba
bararo ka mongolo ho Lefapha la Ntshetsopele ya Moruo
mme e hokele lenane la dintlha (database) le saennweng ke
boetapele bo feletseng ba bona. Foramo e tla hloka karolo
ya diperesente tse 25 tsa boemedi ba sektara ya dikgwebo
tse seng tsa semmuso hore e qale kopano.
3.7 Seboka
••
Mafapha a Mebuso ya Naha
le / kapa Profensi;
••
Mafapha a mang a Motse wa
Johannesburg;
••
Bafani ba diphallelo;
••
Baemedi ba tsa bodumedi;
••
Mekgatlo ya Diyunione j.k. Cosatu
le FEDUSA;
••
Majalefa (j.k. Boemedi ba Foramo
ya Boraseabo);
••
Ditsi tsa Ditjhelete tsa Ntshetsopele
(j.k. DBSA, IDC, NEF);
••
Makalana a Ntshetsopele (j.k. GEDA, GEP);
••
Boraseabo bafe kapa bafe ba bang, ditheo kapa
makalana a nkuwang a le molemo ke ditho tsa
Foramo.
3.4 Dikomiti tse Nyane tsa ITF
Ho tswa boemeding bo pharaletseng ba Foramo ya
Dikgwebo tse Seng tsa Semmuso (ITF), sehlopha sa Dikomiti
tse Nyane tse lekantsweng mme se sebetsang ka tjhebisiso
ya tshebetso – kapa bo etsang sehlopha sa tshebetso bo
ka thonngwa ho tswa sektareng ya Kgwebo e Seng ya
Semmuso. Sehlopha se jwalo e tla ba mateano dipakeng
tsa dikopano tse feletseng e le hore ditaba tsa bohlokwa
tsa ntshetsopele ya moruo tse amang Sektara e Seng ya
Semmuso di ka tshohlwa.
3.5 Ho Tshwarwa Kgafetsa ha Dikopano
ITF e feletseng e tla kopana kgwedi e nngwe le e nngwe le
kgafetsa ho feta ha ho hlokeha le ka nako eo ho hlokehang,
ho fihlela ka nako eo Foramo e tla etsa qeto e fapaneng.
3.6 Ditshebeletso tsa Bongodi
ITF e tla tshehetswa ke bongodi bo bopilweng ka baokamedi
ho tswa Lefapheng la Ntshetsopele ya Moruo ho fihlela ka
nako eo qeto nkuweng mabapi le sehlopha sa ditshebetso
tsa nako yohle tsa bongodi ho Foramo le ho fihlela qeto eo
e hlomathisitswe ke foramo.
CAT8996 COJ DED Informal Trading Policy TOR Sesotho.indd 1
Modulasetolo o tla bitsa kopano ya Foramo, ka
mongolo, bonyane beke e le nngwe (matsatsi a 5) pele
ho letsatsi la kopano;
••
Tlatsa maemo le ditlhoko, Modulasetulo kapa bonyane
ditho tse pedi tsa nako yohle a ka kopa kopano ya
seboka;
••
Tsebiso ya seboka e tlameha ho bontsha mohla, nako
le sebaka sa kopano ho kenyeletswa le lenanetherisano
mmoho le ditokomane tse hlokehang. E tlameha
hape ho kenyeletsa lenane la ditho tsa nakwana tse
menngweng;
••
Bongodi bo hlophisa lenane la bamemuwa Foramong
ka ho ipapisa le tshupiso e tswang ho ditho tsa nako
yohle;
••
Ditho tsa nako yohle di ka kopa ka mongolo, ho
tjhetjisa kopano kapa ho romeletsa boemedi ba
bona ho setho sa phapanyetsano se thontsweng ke
mokgatlo wa bona; mme,
••
Setho sefe kapa sefe se sa keneleng dikopano tse tharo
ka tatellano se ke ke sa mengwa ho kenela dikopano
tse ding tse tla latela ntle le haeba tsebiso ya mongolo
e fetiseditswe ho Modulasetulo wa Foramo.
3.8 Matla a Tshebetso
Motse wa Johannesburg
Lefapha la ya Ntshetsopele ya Moruo
Batho ba bohlokwa bao o ka ikopanyang le bona
••
Bosiyong ba Modulasetulo, Motlatsi wa Modulasetulo
ya thontsweng o tla sebetsa jwalo ka Modulasetulo
kopanong efe kapa efe e thehilweng mme e nang le
matla a tshebetso.
Lefapha la ya Ntshetsopele ya Moruo
Bolaodi ba Ntshetsopele le Tshehetso ya SMME
Xolani P Nxumalo
Founu 011 358 3430
[email protected]
••
Motlatsi wa Modulasetulo, maemong a jwalo o tla
nkuwa a na le matla ohle le ditshebetso tse amanang
le maemo a Modulasetulo.
Khampani ya Kgwebo ya Toropo (MTC)
Justice Mashele
3.9 Ditherisano
Ditho tsa nako yohle di rerisana le ho dumellana e le
mmoka. Ha tumellano ya mmoka e sa fihlelwe, divoutu tsa
bongata di tla sebediswa ho nka qeto.
4. Tsamaiso
Komiti ya Selekane e fanang ka matsapa a bodisa lenaneong
ka kakaretso e tlameha ho hlomamiswa. Komiti e tla
botjwa ka MMC ya Ntshetsopele ya Moruo ya Motse wa
Johannesburg, MMC ya Polokeho le Tshireletso, Molaodi
wa Phethahatso wa Ntshetsopele ya Moruo, Molaodi wa
Phethahatso wa MTC, Molaodi ya ka Sehloohong wa
Sepolesa sa JMPD, Balaodi ba Ditikoloho ba Motse wa
Johannesburg ho tswa mafapheng a bohlokwa (kapa
moromellwa wa hae), Mongodi (kapa moromellwa wa
hae) wa Foramo ya Kgwebo e Seng ya Semmuso, Foramo
ya Kgwebo ya Semmuso, baemedi ho tswa JICBC, le
mohlomong ditho tse ding tse kentsweng ke komiti nako
le nako. Komiti ya Selekane e tla kopana bonyane makgetlo
a mabedi selemong sa khalendara / sa ditjhelete.
Founu 011 833 7433
[email protected]
Phethahatso ya Melao ya Masepala ke JMPD
Zezani Mangaliso
Founu 011 490 1630
[email protected]
Dipehelo tsa Therisano
Foramo ya Bahwebi ba Seng
ba Semmuso ba Johannesburg
Lefapha la Merero le Taolo ya Motsesetoropo
Tiaan Ehlers
[email protected]
www.joburg.org.za
www.metrotrading.co.za
8996SO
3.3.2 Ditho tse Menngweng (mme e ka
fetofetolwa):
••
7/20/10 4:18:35 PM
••
E nngwe ya ditsela tseo leano la kgwebo e seng ya semmuso
le di kgothaletsang ke ho theha inforastraktjha e nang le
tswelletso, dibaka tsa kgwebo tse behilweng kahara meedi
le mananeo a ntshetsopele, a bontshang ka tsela e hlakileng
dibaka tsa kgwebo e seng ya semmuso. Ka tsela ena taolo
ya sektara e seng ya semmuso e hokahane le ditshebetso
tsa tsamaiso le tshehetso e ntlafetseng selekaneng se le
seng le beng ba seabo bohle. Leha ho le jwalo, nnete ke
hore sektara ya kgwebo e seng ya semmuso e ka tsela eo
ho nang le tlhokeho e kgolo haholo ya sebaka dibakeng
tse nkwang di na le menyetla e metle ya kgwebo, mme
mathata a kgwebo dibakeng tse sa abelwang bahwebi
kahara Motse e fetoha bothata bo boholo.
3. Foramo ya Kgwebo e Seng ya
Semmuso (ITF)
3.1 Sepheo
Sepheo se akaretsang bakeng sa ITF se ntlha-nne:
Foramo ya Bahwebi ba
Seng ba Semmuso ba
Johannesburg
1. Sepheo
Tokomane ena e teka Dipehelo tsa Therisano bakeng sa ho
botjwa, ho hlomamiswa le tshebetso ya Foramo ya Bahwebi
ba Motse (City) ka Bophara e tla sebetsa ka kakaretso e
le setheo sa pokanyo ya boemedi sa sektara e seng ya
semmuso bakeng sa dikgwebo tse seng tsa semmuso
Johannesburg ho rerisana le Motse, ho sebetsa jwalo ka
lentswe la setheo seo e seng sa semmuso se ananetsweng
bakeng sa bahwebi ba seng ba semmuso kahara Motse,
ho sebeletsa ho fana ka mokgwa wa bodisa le boeletsi
bo lebisang ho kenngweng tshebetsong ho atlehileng ha
Moralo wa Leano le Melao ya Masepala ya Bahwebi ba
Seng ba Semmuso.
2. Tlhakisetso ya boemo ba ditaba
Sepheo sa Foramo ya Bahwebi ba Seng ba Semmuso ke
ho sebetsa jwalo ka sethala sa boikopanyo se tataisang
kenyo-tshebetsong ya leano le mananeo a kgwebo ho
kenyeletswa ho disa le ho lekanya moralo wa phethahatso
ya melao ya masepala, le ho hlahlobisa Maano le melao ya
masepala kahara Motse wa Johannesburg.
Lekgotla le dumetse Leano la Kgwebo e Seng ya Semmuso.
Leano ka bokgutshwane le hlakisa hore tjhebo ya Motse
ke ho theha sektara ya kgwebo e seng ya semmuso e
tsamaiswang hantle, e rarollang ditlhoko tsa baahi le beng
ba seabo ba angwang ke kgwebo e seng ya semmuso ka
tsela e itseng. Le batla hape ho netefatsa hore kgwebo e
seng ya semmuso e matahanngwa ka katleho ditebellong
tsa ntshetsopele ya kgwebo, sebakeng le setjhabeng sa
Motse. Sepheo sa sehlooho sa Motse ke ho theha menyetla
bakeng sa sektara ya kgwebo e le hore e fumane karolelo
melemong ya kgolo ya moruo. Motse hape o batla ho fana
ka tikoloho e tsitsitseng mme e lepehang mabapi le taolo
le tsamaiso, mme ka hona e theha dikamano tse molemo
le sektara e seng ya semmuso e le hore disektara tsena di
sebetse ka katleho di bapile tikolohong e tiiseletsang kgolo
ya moruo e nang le tswelletso.
CAT8996 COJ DED Informal Trading Policy TOR Sesotho.indd 2
a) Ho sebeletsa boemedi ba mahlakore a mangata, setheo
se bokahantsweng le ho kopana sa mefuta ya dikgwebo
tse seng tsa semmuso kahara Johannesburg;
b) Ho fana ka tshehetso ya botataisi, bodisa le boeletsi
tse lebisang ditshebetsong tsa tlhahlobo ya leano le
melao ya masepala moo ho hlokehang mmoho le
kenyo-tshebetsong e atlehileng ya leano la dikgwebo
tse seng tsa semmuso;
c) Ho ba setsi se amohelehang ka molao le sesebediswa
sa kgokahanyo seo ka sona Motse, mmuso le ditsi tse
ding tsa ntshetsopele di tla kgona ho rerisana le ditheo
tsa kgwebo kahara Motse wa Johannesburg, le;
d) Ho fana ka tshehetso ya botataisi, bodisa le boeletsi
tse lebisang kenyo-tshebetsong e ntle le e atlehileng
ya moralo wa Leano la Kgwebo e Seng ya Semmuso le
melao ya masepala.
3.2 Maikarabello a Tshebetso
Jwalo ka sehlopha sa boemedi se tsepamisitseng maikutlo
diphethong, maikarabello a tshebetso a ITF ke ho:
••
••
Thusa bodiseng le kenyo-tshebetsong ya Leano la
Kgwebo e Seng ya Semmuso, ho hlahlobisa ditshebetso
le mananeo ho kenyeletswa le phethahatso ya melao
ya masepala;
Fana ka sethala sa puisano dipakeng tsa beng ba
••
••
••
••
••
••
••
••
seabo bohle ho sektara e seng ya semmuso kahara
Johannesburg;
Fana ka monyetla wa puisano e pharaletseng ditabeng
tsa sehlooho tsa bohlokwa ba sektara e seng ya
semmuso ntshetsopeleng ya moruo;
Fana ka ntshetsopele ya kgwebo le moruo sektareng
e seng ya semmuso, ho eletsa mabapi le ditlhoko tsa
dirisose [disebediswa] tse hlokehang tsa ntshetsopele
ya inforastraktjha le ho kenngwa tshebetsong ha
moralo wa leano;
Tlatsetsa Foramong ya Kgwebo ya Johannesburg,
Komiti e Nyane ya Ntshetsopele ya Moruo wa Motse le
Karolo ya 79 ya molao, le diabo tsa bodisa tsa Dikomiti
tsa Masepala, ITF e tlameha ho thusa ho diseng le ho
lekanyeng kgatelopele kenyo-tshebetsong ya Moralo
le maano tsa Kgwebo e Seng ya Semmuso;
Hokahana, ho rerisana le bobuelli tobanong le beng ba
diabo ba bohlokwa ho netefatsa hore maikemisetso a
boletsweng Leanong la Kgwebo e Seng ya Semmuso
le melao ya masepala e mabapi le kgwebo e seng ya
semmuso di a fihlelwa;
Bobuelli bakeng sa matahanyo ya ntshetsopele ya
sektara ya kgwebo e seng ya semmuso mmoho le
matsapa le meralo e meng ya Motse;
Ho thusa ho netefatseng hore tsamaiso ya kgwebo e
seng ya semmuso e kopanya boraseabo ba fapaneng
ba bohlokwa phethahatsong e atlehileng ya mananeo
ohle a kgwebo e seng ya semmuso;
Thusa ho hlahlobiseng mananeo / maano a sektara e
seng ya semmuso a laelwang ke maemo a tshebetso;
le ho
Kgothaletsa kgokahano e pharaletseng ya kgwebo e
seng ya semmuso le ho tshehetsa leano le matsapa a
kgwebo e seng ya semmuso.
Diyuniti tsa Ditikoloho tsa Motse tsa
Phethahatso ya Molao wa Tsamaiso ya
Motsesetoropo
•• Baemedi ba Bahwebi ba tsa Diketsahalo
•• Baemedi ba ditheo tsa Taolo ya Ditadiamo
•• Baemedi ba Ditereke tsa Ntshetsopele ya
Motse
•• Bophelo bo Botle ba Tikoloho
•• Lekala la Ntshetsopele ya Johannesburg (JDA)
•• Ditheo tsa Kgwebo tsa Semolao j.k. Baemedi ba
Ditjhembara tsa Kgwebo
•• Baemedi ba kgethilweng ka tsela ya demokrasi ba
Mekgatlo ya Bahwebi
•• Dikomiti tsa Mmaraka tse kgethilweng ka tsela ya
demokrasi
•• Baetapele ba Diterata le Diboloko ba kgethilweng ka
tsela ya demokrasi
•• Ofisi ya MMC wa Polokeho le Tshireletso
•• Ofisi ya MMC wa Ntshetsopele ya Moruo
Palo ya ditho tsa nako yohle e ka fetolwa, ya eketswa
kapa ya fokotswa ka tumellano le ITF. Ditho tsa nako yohle
hape di ka fetola Dipehelo tsa Therisano tsa ITF haeba
sena se nkuwa se hlokeha tsamaisong e nepahetseng ya
Lenaneo.
Bonyane batho ba bararo, le e mong ya ka fetolwang ba
tlameha ho thonngwa ke mokgatlo wa bahwebi ba seng
ba semmuso eo ba e emetseng. Ho thonngwa ho jwalo
ho tlameha ho etswa ka mongolo ke Modulasetulo wa
Foramo.
Modulasetulo wa Foramo e tla ba mookamedi ya
ka sehloohong ho tswa Lefapheng la Ntshetsoele ya
Moruo, Motse wa Johannesburg, kapa bosiyong ba hae
mookamedi ya rometsweng ho tswa Lefapheng o tla
tshwara mokobobo e le Modulasetulo. Tsela e tshwanang
e tla sebetsa bakeng sa Mongodi le Motlatsi wa Mongodi
le basebeletsing ba bang bohle ba tla ba boetapeleng ba
Foramo.
MMC wa Ntshetsopele ya Moruo kapa motho ya
fapanyetsaneng le yena e tla ba mphato wa Modulasetulo
wa Foramo e le ho matlafatsa maikemisetso a mmuso wa
lehae le bokgoni ba therisano ba sektara ya kgwebo e seng
ya semmuso.
3.3 Popeho ya ITF
ITF e tla botjwa ka boemedi ho tswa:
3.3.1 Dithong tsa Nako Yohle:
••
••
••
Lefapha la Ntshetsopele ya Moruo
Khampani ya Kgwebo ya Toropo (MTC)
Phethahatso ya Melao ya Masepala ke JMPD
7/20/10 4:18:38 PM

Similar documents

asad Pal m ent

asad Pal m ent Molaotheo wa Afrika Borwa o re setjhaba se be le phihlello le seabo Palamenteng le tsamaisong ya yona. Ho na le ditsela tse fapaneng tseo sena se ka etswang kateng. Basadi ba ka ba le seabo ho etsw...

More information

Sesotho QOQA - nalane ya Mosotho

Sesotho QOQA - nalane ya Mosotho swabisa ka tshebediso ya puo. E ka Sesotho ha se na mantswe ha o mametse ditaba tsa teng. Ha ho sa na dipale tse haswang ho SABC 2 tsa Sesotho, re bontshwa dipale tsa Setswana le Sepedi. Ha ho lena...

More information