our pledge final

Transcription

our pledge final
Composite
BOIKANO BA RONA HO WENA
Mmoho le WENA re tla ikgodisa hore dikhanselara tsa IFP di na le boikarabello ka diketso tsa tsona. Re tla
qeella hore ho be le boemo bo phahameng ba mmuso o ntlafetseng, o nang le boitshwaro bo botle le ho
araba ho baahi ha ba etsa boipiletso. Re tla qobella sena ka matla, mme re tla tebela ba hanang ho ikokobetsa.
Khanselara ya hao ya IFP e tla:
•
•
•
•
•
Ba motho ya kgabane.
Buwang nnete ho wena.
Ba le toka ho wena.
Ho akaretsa ketsong ya diqeto.
Ba le boikarabello ho wena.
•
•
•
•
Ba teng ka nako tsohle ha o e hloka.
Nka dingongoreho tsa hao ka matla.
O tshwara ka serithi le ka tlhompho.
O sebeletsa, mme e sebetse le WENA.
Dikhanselara tsa rona , leha di kgethwa ka tekete ya mokga, di
lebelletswe ho sebeletsa bohle motseng ka bokgabane le ka
boinehelo.
IFP e qadile kgokahanyo ya bohlokwa Ntlokgolo ya yona
bakeng la hore o utlwahatse maikutlo a hao ha o sa kgotsofala ka
boitshwaro ba dikhanselara tsa hao tsa IFP: 031 365 – 1354.
O ka re otlela mohala neng kappa neng mme re tla araba ka mokgwa
o nepahetseng.
Ke ka WENA!
Morena Mangosuthu Buthelezi
Mookamedi wa-IFP
Printed by the IFP Head Office Durban.
PO Box 4432 Durban 4000 T: 031 – 365 1300 F: 031 307 4964
C
M
Y
CM
MY
CY CMY
K
C
M
Y
CM
MY
CY CMY
K
O tla kotula molemo ofe dikgethong tsena!
M
muso wa selehae o bohlokwa bakeng la ho thusa tswelopele ya baahi metseng. Ke moo mmuso
le batho ba tshwarisanang ka mokgwa o haufi le o utlwahalang. Ke moo baemedi bao le ba
kgethileng ba dulang teng – mmoho le wena, motseng o le mong. Ke moo ditshebeletso tsa bohlokwa
di tliswang teng. Ke moo ho kenya ha hao letsoho la hao mererong ya baahi ho thusang ho bopa
bokamoso ba hao. Kahoo he, ho bohlokwa hore mmuso wa selehae o atlehe, mme jwaleka movouti, O
ka ets o atlehe ka ho nka diqeto tse nepahetseng.
Dikgetho tsena di ka WENA! O na le matla a ho tlisa phetoho bophelong ba hao, bophelong ba lelapa
la hao, bophelong ba metswalle le baahisane. Voutela mokga o tla tlisang ditshebeletso tsa bohlokwa
ho WENA.
Ipotse; ‘A na nka tshepa moemedi wa ka ho tlisa ditshebeletso tsa bohlokwa ho NNA?” Mme o se ke wa
tshaba ho botsa moemedi wa hao: ‘O tla nketsetsang nna le motes w ka?’
IFP e totobatsa bohlokwa ba mmuso wa selehae o:
• Bulehileng • Kgonang • Sebetsang le WENA
Bulehileng: IFP e dumela hore o na le tokelo ya ho fumana taba efe kappa efe eo o e
hlokang mabapa le mmasepala wa hao le lekgotla la hao.
Boinehelo ba IFP: Re tla ikgodisa hore kaofela bo-mmasepala ba etelwang pele ke IFP
ba kgothaletsa ho buleha ho tsohle tseo ba di etsang; ditumellano tsa mesebetsi (tenders)
di tla ba pontsheng bakeng la hore O tsebe hoXre ke mang ya fumanang bokae ka
tshebeletsoi efe; mme re tla ikgodisa hore moo ho ka hlahang dikgohlano mahareng
a bahlanka le dikhanselara, dikgohlano tseo di tla phatlalatswa.
Kgonang: IFP e dumela hore ranta e nnngwe le e nngwe e tshwanela ho sebediswa
ka mokgwa o ntlafatsang motse wa hao le mmasepala wa hao.
Boinehelo ba IFP: Re tla qeta tshenyo ya tjhelete, tsamaiso
e sa utlwahaleng, bobodu; re tla sebedisa ditjhelete
bakeng la mekgahlelo le ditshebeletso tsa bohlokwa;
re thibe dibonase tsa batsamaisi tse sa sebeletswang
ka mokgwa o nepahetseng.
Sebetsang le WENA: IFP e dumela hore mmuso
wa selehae o tshwanetse ho o sebeletsa, le ho
sebetsa le wena ho tsohle tseo o di etsang.
Boinehelo ba IFP: Re tla tlisa mmuso wa selehae hufi
le WENA; re HO matlafatse bakeng la ho kenya
letsoho mererong ya bohlokwa; mme re etse
kgokahano mahareng a HAO le mosebetsi wa
dikhanselara tsa ho wa letsatsi ka letsatsi.
“Dikgetho tsena di ka
Bakeng la mmuso wa selehae
o kgonang le o sebeletsang
WENA
Composite