Lipotso Bacha Baa Botsa--Likarabo tse Sebetsang, Buka ea 1

Transcription

Lipotso Bacha Baa Botsa--Likarabo tse Sebetsang, Buka ea 1
HO SEBELISANA LE LITHO
TSA LELAPA
SEO U LENG SONA
SE ETSAHALANG HA U
LE SEKOLONG LE HA
U SE TENG
HO ETSA LINTHO
TSE KOTSI
NAKO EA BOIKHATHOLLO
BORAPELI BA HAO
1
HO KOPANELA
LIPHATE,
ˇ
BOITSOARO LE LERATO
U koetlisetsoa ho ba motho e moholo! U ka fumana
tsebo e hlokahalang hokae e
le hore u be motho e moholo
ea nang le boikarabelo?
Buka ea Lipotso—Bacha
Baa Botsa—LikaraboTse Sebetsang, Buka ea 1, e ka u
thusa. E fana ka keletso e
thehiloeng melao-motheong
e sebetsang e ka Bibeleng.
Lentsoe la Molimo le thusitse
batho ba limilione hore ba
atlehe ho tobana le mathata
a bophelo. Bala kamoo le ka
u thusang kateng!
bacha baa botsa
Buka ena e arotsoe ka likarolo tse latelang
SEHLOMATHISO SE
EANG HO BATSOALI
Lipotso
bacha baa botsa
—Liproverbia 2:11.
yp1-SU
“Matla a ho nahana a tla u lebela,
temoho e tla u sireletsa.”
likarabo tse sebetsang
BUKA EA 1
HO SEBELISANA LE LITHO
TSA LELAPA
SEO U LENG SONA
SE ETSAHALANG HA U
LE SEKOLONG LE HA
U SE TENG
HO ETSA LINTHO
TSE KOTSI
NAKO EA BOIKHATHOLLO
BORAPELI BA HAO
1
HO KOPANELA
LIPHATE,
ˇ
BOITSOARO LE LERATO
U koetlisetsoa ho ba motho e moholo! U ka fumana
tsebo e hlokahalang hokae e
le hore u be motho e moholo
ea nang le boikarabelo?
Buka ea Lipotso—Bacha
Baa Botsa—LikaraboTse Sebetsang, Buka ea 1, e ka u
thusa. E fana ka keletso e
thehiloeng melao-motheong
e sebetsang e ka Bibeleng.
Lentsoe la Molimo le thusitse
batho ba limilione hore ba
atlehe ho tobana le mathata
a bophelo. Bala kamoo le ka
u thusang kateng!
bacha baa botsa
Buka ena e arotsoe ka likarolo tse latelang
SEHLOMATHISO SE
EANG HO BATSOALI
Lipotso
bacha baa botsa
—Liproverbia 2:11.
yp1-SU
“Matla a ho nahana a tla u lebela,
temoho e tla u sireletsa.”
likarabo tse sebetsang
BUKA EA 1
index ea
mehlala
e metle
Mocha ea Ratehang,
Jakobo 48
Ntate oa hao ea leholimong, e leng Jehova
Molimo, o u rata haholo. O batla hore u thabe. Empa u
ka ’na ua ipotsa: ‘Na nka khona ho thaba mehleng ee?’
Ho loketse hore u ipotse potso eo. Etsoe bophelong
re hlaheloa ke mathata a mangata. Ho bonahala eka
letsatsi le letsatsi re tobana le mathata a re amohang
¯
thabo. Empa Ntate oa rona ea lerato o tla re thusa!
Lentsoe la hae le re fa tataiso eo re e hlokang e le hore
re sebetsane le mathata ao re tobanang le ’ona
bophelong. Le hoja e le khale Bibele e ngotsoe,
keletso ea eona e ntse e sebetsa le kajeno, joalokaha e
ne e sebetsa ha e ne e qala ho ngoloa.—Pesaleme ea
119:98, 99; 2 Timothea 3:16, 17.
Re lokiselitse hore buka ena e hatisoe hobane re u
rata. Re batla hore u thabe ’me u atlehe bophelong.
Kahoo, re u khothalletsa hore u bale buka ena kaofela
’me u e sebelise khafetsa ha u tobana le mathata.
Lebaka le leng leo buka ena e hatisitsoeng ka lona ke
ho u khothalletsa hore u buisane ka bolokolohi le
ˇ
batsoali ba hao. Re tsepa hore u tla e bala kapa u bale
likarolo tse ling tsa eona le bona. Rua molemo
bohlaleng ba batsoali ba hao le phihlelong eo ba nang
le eona!
Re u lakaletsa katleho,
Sehlopha se Busang
sa Lipaki Tsa Jehova
Jobo 97
Moshe 149
Ruthe 215
Na ho na le seo u
batlang ho se bua
mabapi le tsela eo
buka ee e u thusitseng ka eona?
Ngolla bahatisi ba
buka ena atereseng
e loketseng.
Timothea 287
index ea
mehlala
e metle
Mocha ea Ratehang,
Jakobo 48
Ntate oa hao ea leholimong, e leng Jehova
Molimo, o u rata haholo. O batla hore u thabe. Empa u
ka ’na ua ipotsa: ‘Na nka khona ho thaba mehleng ee?’
Ho loketse hore u ipotse potso eo. Etsoe bophelong
re hlaheloa ke mathata a mangata. Ho bonahala eka
letsatsi le letsatsi re tobana le mathata a re amohang
¯
thabo. Empa Ntate oa rona ea lerato o tla re thusa!
Lentsoe la hae le re fa tataiso eo re e hlokang e le hore
re sebetsane le mathata ao re tobanang le ’ona
bophelong. Le hoja e le khale Bibele e ngotsoe,
keletso ea eona e ntse e sebetsa le kajeno, joalokaha e
ne e sebetsa ha e ne e qala ho ngoloa.—Pesaleme ea
119:98, 99; 2 Timothea 3:16, 17.
Re lokiselitse hore buka ena e hatisoe hobane re u
rata. Re batla hore u thabe ’me u atlehe bophelong.
Kahoo, re u khothalletsa hore u bale buka ena kaofela
’me u e sebelise khafetsa ha u tobana le mathata.
Lebaka le leng leo buka ena e hatisitsoeng ka lona ke
ho u khothalletsa hore u buisane ka bolokolohi le
ˇ
batsoali ba hao. Re tsepa hore u tla e bala kapa u bale
likarolo tse ling tsa eona le bona. Rua molemo
bohlaleng ba batsoali ba hao le phihlelong eo ba nang
le eona!
Re u lakaletsa katleho,
Sehlopha se Busang
sa Lipaki Tsa Jehova
Jobo 97
Moshe 149
Ruthe 215
Na ho na le seo u
batlang ho se bua
mabapi le tsela eo
buka ee e u thusitseng ka eona?
Ngolla bahatisi ba
buka ena atereseng
e loketseng.
Timothea 287
Lipotso
bacha baa botsa
likarabo tse sebetsang
BUKA EA 1
buka ena ke ea
5 1989, 2011
WATCH TOWER BIBLE AND TRACT SOCIETY OF PENNSYLVANIA
Bahatisi
PRINTED BY WATCH TOWER BIBLE AND TRACT SOCIETY OF SOUTH
AFRICA NPC
1 Robert Broom Drive East, Rangeview, Krugersdorp, 1739, R.S.A.
Khatiso ea July 2016
Buka ena ha e rekisoe.ˇ Ho hatisoa ha
ˇ eona ke karolo ea mosebetsi oa ho ruta
Bibele o etsoang lefatseng lohle o tsehetsoang ka menehelo ea boithatelo.
ˇ
ˇ
Ntle le ha ho bontsitsoe Bibele e ’ngoe, Mangolo a qotsitsoe Phetolelong ea Lefatse le Lecha ea
Mangolo
a Halalelang ea puo ea kajeno. Moo NW e tlang ka mor’a taba e qotsitsoeng, seo se
ˇ
bontsa hore phetolelo e tsoa ho New World Translation of the Holy Scriptures—With References
ea puo ea Senyesemane.
Mabitso a mang a bacha ba qotsitsoeng bukeng ena a fetotsoe.
Photo Credits: Page 241: 5 Gusto Productions/Photo Researchers, Inc.; page 244: mouth cancer:
5 Mediscan/Visuals Unlimited, Inc.; clogged artery: 5 Index Stock/Photolibrary; cancerous lung:
5 Arthur Glauberman/Photo Researchers, Inc.; page 245: MRI of brain: 5 Mediscan/Visuals Unlimited,
Inc.; cancerous kidney: 5 Dr. E. Walker/Photo Researchers, Inc.
Questions Young People Ask—Answers That Work, Volume 1
Made in the Republic of South Africa
E Entsoe Rephabliking ea Afrika Boroa
Sesotho (Lesotho) (yp1-SU)
SELELEKELA
Likarabo Tse Sebetsang!
‘Nka buisana le batsoali ba ka joang?’ ‘Nka etsa’ng hore
ke be le metsoalle?’ ‘Ke’ng e phoso ka ho Itlosa Bolutu ka ho
Kopanela Liphate?’ ‘Ke hobane’ng ha ke hloname hakaale?’
Haeba u kile ua ipotsa lipotso tsena tse ka holimo, ha
ˇ
¯
u mong. Ho itsetlehile ka hore na u ile ua kopa tataiso ho
mang, e ka ’na eaba u ile ua fuoa likarabo tse hanyetsanang.
E le ho thusa bacha hore ba fumane keletso e utloahalang eo
ˇ
ba ka e tsepang, makasine ea Tsoha! e qalile ka January 1982
ho hatisa lihlooho tse thehiloeng Bibeleng tse reng, “Bacha
Baa Botsa . . . ” Le ka mor’a lilemo tse mashome, batho ba bangata ba ntse ba thabela ho bala lihlooho tsena. Ho etsoa
lipatlisiso tse pharaletseng pele ho hatisoa sehlooho ka seng.
Ha e le hantle, bangoli ba Tsoha! ba buisana le bacha ba maˇ
kholo lefatseng ka bophara, e le hore ba tsebe tsela eo bacha
ba nahanang ka eona le eo ba ikutloang ka eona! Habohlokoa
le ho feta ke hore keletso e fanoang lihloohong tseo tsa “Bacha Baa Botsa” e thehiloe Lentsoeng la Molimo, e leng Bibele.
ˇ
Buka ena eo u e tsoereng e hatisitsoe ka lekhetlo la pele ka
1989. Leha ho le joalo, likhaolo tsa eona li ngotsoe bocha e le
ˇ
hore li tsohle lintho tse etsahalang kajeno. Likhaolo tse fetang
30 li nkiloe lihloohong tsa “Bacha Baa Botsa” tse hatisitsoeng
pakeng tsa 2004 le 2011.
Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang,
Buka ea 1, e tla u hlomella ka lintho tseo u li hlokang e le hore
ˇ
u be motho e moholo ea nang le boikarabelo. Re tsepa hore ha
u ntse u sebelisa keletso e fanoeng bukeng ena, u tla ba har’a
¯
ˇ
batho ba limilione, bacha le ba holileng, bao “ka tsebeliso, matla a bona a ho lemoha a koetliselitsoeng ho khetholla se
nepahetseng le se fosahetseng.”—Baheberu 5:14.
Bahatisi
2 bacha baa botsa
buka ena e na le . . .
KELETSO
=
mangolo a totobatsang
lintlha tsa sehlooho
litlhahiso tsa bohlokoa
tse tla u thusa hore u
atlehe
NA U NE U TSEBA . . .
lintlha tse tla u thusa
hore u nahane
?
seo ke rerang ho se etsa!
ı monyetla oa hore u hlalose kamoo
u tlang ho sebelisa boitsebiso boo u
bo balileng kateng
U NAHANA’NG KA SEE?
˘ lipotso tse tla u thusa hore u
thuise ka seo u se balileng
hammoho le . . .
lintlha tsa botho
qetellong ea karolo ka
’ngoe ea buka ena ho
na le leqephe leo u ka
ngolang lintlha tsa hao
tsa bohlokoa ho lona
MOHLALA O MOTLE
ho khethiloe batho ba
itseng ka Bibeleng bao u
ka ba etsisang
tse ka hare
1
HO SEBELISANA LE LITHO TSA LELAPA
1 Nka Buisana le Batsoali ba ka Joang? 7
2 Ke Hobane’ng ha re Lula re Ngangisana? 14
3 Nka Etsa’ng Hore ke
Fumane Bolokolohi bo Eketsehileng? 21
`
4 Ke Hobane’ng ha ’Me le Ntate ba ile ba Arohana? 28
5 Nka Etsa’ng ha Motsoali
oa ka a Kena Lenyalong Hape? 34
6 Nka Phelisana Hantle le Banab’eso Joang? 40
7 Na ke se ke Loketse ho Tloha Lapeng? 49
2
SEO U LENG SONA
8 Nka Etsa’ng Hore ke be le Metsoalle e Molemo? 57
9 Nka Hanela Liteko Joang? 64
10 Ke Hobane’ng ha ke
Lokela ho Hlokomela Bophelo ba Ka? 71
11 Nka Apara Eng? 77
ˇ
12 Nka Etsa’ng Hore ke Itsepe Haholoanyane? 85
13 Nka Etsa’ng Hore ke Khaotse ho Hlonama Hakaale? 91
14 Na ha ho Molemo Hore ke Mpe ke Ipolaee? 98
ˇ
15 Na ke Phoso ho Batla ho ba Boinotsing? 105
16 Na Tsela eo ke Sareloang ka Eona e Tloaelehile? 111
3
SE ETSAHALANG HA U LE SEKOLONG LE HA U SE TENG
ˇ
17 Ke Hobane’ng ha ke Tsaba ho Paka Sekolong? 121
18 Nka Sebetsana Joang le
Maemo a Sithabetsang ha ke le Sekolong? 128
19 Na ke Lokela ho Tlohela Sekolo? 134
20 Nka Etsa’ng Hore ke Utloane le Tichere ea Ka? 142
21 Nka Sebelisa Nako ea ka Hantle Joang? 150
22 Nka Etsa Joang ha ke
Iphumana ke Phela Litsong Tse Fapaneng? 156
4
ˇ
HO KOPANELA LIPHATE, BOITSOARO LE LERATO
23 Bibele e Re’ng ka ho
ˇ
Ratana ha Batho ba Bong bo Tsoanang? 165
24 Na ho Kopanela Liphate ¯
ho Tla Tiisa Kamano ea Rona? 172
¯
25 Nka Etsa’ng ho Hlola Tloaelo ea
ˇ
ho Ipholla Litho Tsa Botona Kapa Botsehali? 178
26 U Nahana’ng ka ho
Itlosa Bolutu ka ho Kopanela Liphate? 183
27 Ke Hobane’ng ha Bashanyana ba sa Nthate? 188
28 Ke Hobane’ng ha Banana ba sa Nthate? 195
29 Nka Tseba Joang Haeba e le Lerato la Sebele? 203
30 Na Ehlile re se re Loketse Lenyalo? 212
31 Nka Tsoela Pele Joang
ka Bophelo ka Mor’a Hore re Arohane? 221
ˇ
32 Nka Itsireletsa Joang ho Batho
ba Hlekefetsang ba Bang ka Thobalano? 228
5
HO ETSA LINTHO TSE KOTSI
33 Ke’ng Seo ke Lokelang ho se Tseba ka ho Tsuba? 237
34 Ke’ng e Phoso ka ho Itlopa Joala? 246
35 Nka Etsa’ng Hore ke
Khaotse ho Sebelisa Lithethefatsi? 252
6
NAKO EA BOIKHATHOLLO
36 Na ke Lemaletse
Mecha ea Phatlalatso ea Elektronike? 259
37 Ke Hobane’ng ha Batsoali
ba ka ba sa Ntumelle ho Ithabisa? 265
7
BORAPELI BA HAO
38 Nka Etsa’ng Hore ke
Thabele ho Sebeletsa Molimo? 273
39 Nka Finyella Lipakane Tsa ka Joang? 282
Sehlomathiso: Lipotso Tseo Batsoali ba li Botsang 289
1
HO SEBELISANA LE LITHO TSA LELAPA
7
14
21
28
34
Puisano
Ho Ngangisana
Bolokolohi
Tlhalo
Ha Motsoali a Kena
Lenyalong Hape
40 Banab’eno
49 Ho Tloha Lapeng
1
Nka buisana le
batsoali ba ka joang?
“Ke lekile ka matla ho bolella batsoali ba ka kamoo
ke ikutloang kateng, empa lintho ha lia ka tsa tsamaea
hantle—ba ile ba ntlhokela nako. Ke ile ka leka ka
matla
hore ke fumane sebete sa ho itlhalosa, empa ka
¯
hloleha ka ho feletseng!”—Rosa.
HA U sa le monyenyane, ho ka etsahala hore ebe u ne u mathela
ho batsoali ba hao hore ba u eletse. U ne u ba bolella ntho e ’ngoe
le e ’ngoe. U ba hlalosetsa lintho tseo u li nahanang le maikutlo a
ˇ
hao ka bolokolohi ’me u tsepa likeletso tseo ba u fang tsona.
Empa e ka ’na eaba hona joale, u nka hore batsoali ba hao ha
ba sa u utloisisa. Ngoanana e mong ea bitsoang Edie o re: “Ka le
leng mantsiboea ha re ntse re ja, ke ile ka qala ho lla, ’me ka bolella batsoali ba ka kamoo ke ikutloang kateng. Ba ile ba ’mamela,
Nka buisana le batsoali ba ka joang? 7
empa ho ne ho bonahala eka ha ba utloisise.” O ile a etsa’ng ka
mor’a moo? O re: “Ke ile ka ikela ka kamoreng, ka lla le ho feta!”
Ka lehlakoreng le leng, ka linako tse ling u ka ’na ua khetha ho
se phetlele batsoali ba hao sefuba. Moshanyana e mong ea bitsoang Christopher o re: “Ke buisana le batsoali ba ka ka lintho tse
ngata. Empa ntho eo ke e ratang ke hore ka linako tse ling, ha ba
tsebe ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke e nahanang.”
Na ho fosahetse ho ipolokela litaba tse ling? Che, ha hoa fosahala—hafeela u sa etse bolotsana. (Liproverbia 3:32) Leha ho le
joalo, ebang batsoali ba hao ba bonahala ba sa u utloisise kapa ke
uena ea sa ba phetleleng sefuba, ’nete ke hore: U lokela ho buisana le batsoali ba hao—’me le bona ba batla ho tseba seo u se nahanang.
U se ke Ua Khaotsa ho Buisana le Bona!
ˇ
Ka tsela e itseng, ho buisana le batsoali ba hao ho tsoana le ho
khanna koloi. Haeba u kopana le bothata tseleng, ha u tele; empa
u batla tsela e ’ngoe. Nahana ka mehlala ena e ’meli.
BOTHATA BA 1
U batla ho bua, empa ho bonahala eka
batsoali ba hao ha ba u mamele. Ngoanana e mong ea bitsoang
Leah o re: “Ke thatafalloa ho buisana le Ntate. Ka linako tse ling
ke qeta nako ke ntse ke bua le eena ebe ka mor’a nako o re,
ˇ
‘Ntsoarele hle, u ntse u bua le ’na?’ ”
POTSO: Leah a ka etsa’ng haeba a hlile a batla ho buisana
le ntate oa hae ka bothata bo
itseng? Bonyane ho na le lintho
tse tharo tseo a ka khethang ho li
etsa.
Feela joalokaha u sa tele ha
u kopana le bothata tseleng,
u ka fumana tsela ea ho
buisana le batsoali ba hao!
8 bacha baa botsa
Ho tlatsetsa ntate oa hae lerata.
Leah oa hooa, o re: “Ntate taba ena ke
ea bohlokoa hle! Ak’u ’mamele!”
A ka Khetha
Ho khaotsa ho buisana le ntate oa
hae. Leah o etsa qeto ea ho khaotsa ho
bua ka bothata ba hae.
A ka Khetha
Ho emela nako e loketseng e le hore
a boele a bue ka taba eo. Hamorao
Leah o bua le ntate oa hae ba shebane
mahlong, kapa o mo ngolla lengolo ’me
o mo hlalosetsa bothata ba hae.
A ka Khetha
A
B
C
U nahana hore Leah o lokela ho khetha hofe? ı .................
A re hlahlobe hore na ntho ka ’ngoe eo a ka khethang ho e etsa
e ka ’na ea lebisa hokae.
Ntate oa Leah o ferekane ’me ha a hlokomele hore morali oa
ˇ
hae le eena o tsoenyehile. Kahoo haeba Leah a Khetha A, ntate oa
hae a ka ’na a se ke a utloisisa hore na ke hobane’ng ha a tleroha.
Ho khetha sena ho ka ’na ha se ke ha etsa hore ntate oa Leah a mo
ˇ
mamele, ebile ho tla bontsa hore ha
a mo hlomphe. (Baefese 6:2) KaKELETSO
hoo, ha e le hantle hoo ke ho hameHaeba u thatafalloa ho
la letanteng.
buisana le motsoali kapa
Le hoja ho Khetha B ho ka ’na
batsoali ba hao ka
ha bonahala ho le bonolo ka ho
bothata
bo itseng le lutse
ˇ
fetisisa, hase bohlale ho etsa joafatse, buisana le bona ka
lo. Hobane’ng? Hobane “merero ea
taba eo ha le ntse le
otlolla maoto, le tsamaea
senyeha moo ho se nang [puisano
ka koloi, kapa ha le ile
ea] lekunutu, empa ha baeletsi ba
mabenkeleng.
le bangata ho na le se finyelloang.”
(Liproverbia 15:22) E le hore Leah
Nka buisana le batsoali ba ka joang? 9
‘‘
Hase kamehla ho leng bonolo ho buisana le
batsoali, empa ha u ba phetlela sefuba, u
ikutloa eka ho tlositsoe moroalo o boima
mahetleng.
—Devenye
’’
a atlehe ho sebetsana le mathata a hae, ho hlokahala hore a buisane le ntate oa hae—’me ho hlokahala hore ntate oa hae a tsebe lintho tse etsahalang bophelong ba hae, e le hore a mo thuse. Haeba
a khaotsa ho buisana le eena, ha ho letho le finyelloang.
Empa haeba Leah a Khetha C, ha a lumelle bothata hore e be
ˇ
tsitiso. Ho e-na le hoo, o leka ho buisana le ntate oa hae ka nako
e ’ngoe. Haeba Leah a khetha ho ngolla ntate oa hae lengolo, a ka
’na a ikutloa a imolohile hang feeNA U NE U TSEBA . . .
la. Ho ngola lengolo ho ka ’na ha
boela ha mo thusa hore a nahane
Feela joalokaha u ka
hantle seo a batlang ho se bole’na ua thatafalloa ho
lla ntate oa hae. Ha ntate oa Leah
buisana le batsoali ba
a bala lengolo leo, o tla hlokomehao ka litaba tse itseng
tse tebileng, le bona ba
la seo a neng a leka ho mo boka ’na ba ikutloa ba sa
lella sona, e leng se ka ’nang sa
phutholoha
ba bile ba sa
mo thusa hore a utloisise bothata
ˇ
tsoanelehe ho bua ka
ba hae haholoanyane. Kahoo, ho
litaba tseo.
Khetha C ho tsoela Leah le ntate
oa hae molemo.
Ke lintho life tse ling tseo Leah a ka ’nang a khetha ho li
etsa? Leka ho nahana ka e ’ngoe, ’me u e ngole ka tlaase
mona. Ebe ua ngola hore na ho khetha ho etsa seo ho ka ’na
ha lebisa hokae.
?
ı ..................................................................................................
..................................................................................................
BOTHATA BA 2
Batsoali ba hao ba batla ho bua, empa
uena ha u batle. Ngoanana e mong ea bitsoang Sarah o re: “Ha
ho ntho e ntenang joaloka ho hlongoa lipotso ha u tsoa sekolong,
u khathetse. Ke batla ho lebala ka lintho tse etsahetseng sekolong,
empa hang feela ha ke fihla, batsoali ba ka ba re: ‘Ho ne ho le
10 bacha baa botsa
joang sekolong kajeno? Na ho bile le mathata?’ ” Ha ho pelaelo
hore batsoali ba Sarah ba mo botsa lipotso tseo ka sepheo se setle. Empa Sarah o re, “Ke thatafalloa ho bua ka lintho tse etsahetseng sekolong ha ke khathetse ke bile ke sithabetse.”
POTSO: Sarah a ka etsa’ng boemong boo? Joaloka mohlaleng o fetileng, bonyane ho na le lintho tse tharo tseo a ka khethang ho li etsa.
¯
Ho itholela. Sarah o re: “A ke le
ntloheleng. Ha ke batle ho bua hona
joale!”
A ka Khetha
A
B
C
Ho ba araba. Sarah o ikutloa a
A ka Khetha
sithabetse ’me o araba batsoali ba hae
a tenehile.
Ho ba bolella lintho tse etsahetseng
A ka Khetha
ˇ
sekolong hamorao, empa o ntsetsa
puisano pele ka hore a bue ka taba
e ’ngoe. Sarah o etsa tlhahiso ea
hore o tla ba hlalosetsa lintho tse
etsahetseng sekolong ka nako e ’ngoe,
ha a ikutloa hore¯ a ka bua. Joale a sa
iketsise, o re: “Lona le ˇ hlotse joang?
Ho ne ho le joang motsehare?”
U nahana hore Sarah o lokela ho khetha hofe? ı ................
A re boele re hlahlobe hore na ntho ka ’ngoe eo a ka khethang
ho e etsa e ka ’na ea lebisa hokae.
Sarah o ikutloa a sithabetse a bile a sa batle ho bua. Haeba a
Khetha A, o tla ’ne a ikutloe a sithabetse a be a ikutloe a le molato ka hore ebe o jajabelitse batsoali ba hae ka bohale.—Liproverbia 29:11.
Nka buisana le batsoali ba ka joang? 11
ˇ
Ka nako e tsoanang, batsoali ba Sarah ba ka ’na ba utloisoa
bohloko ke ho tlakoloha ha hae ka bohale—kapa hore ebe oa
¯
itholela ka mor’a moo. Ba ka ’na ba belaella hore ho na le seo Sarah a ba patelang sona. Ba ka ’na ba leka ka matla le ho feta ho
etsa hore a bue, e leng seo ha e hantle se tlang ho mo ferekanya le
ho feta. Qetellong, ho etsa sena ke ho hamela letanteng.
Ho hlakile hore ho Khetha B ho molemo ho feta ho khetha A.
Etsoe bonyane Sarah le batsoali ba hae ba tla be ba buisana. Empa
kaha Sarah le batsoali ba hae ba tla be ba sa buisane ho tsoa pelong, ha ba na ho fumana seo ba hlileng ba se batlang—e leng ho
ˇ
buisana ka bolokolohi le ka botsepehi.
Empa haeba Sarah a Khetha C, o tla ikutloa a imolohile hore
ebe ha a bue ka lintho tse etsahetseng sekolong ka nako eo. Batsoali ba hae ba tla ananela boiteko boo a bo etsang ba ho buisana
le bona, kahoo ba tla thaba. Ho khetha ho etsa sena ho ka ’na ha
hlahisa liphello tse molemo ka ho fetisisa, kaha mahlakore ka bobeli a latela molao-motheo o ho Bafilipi 2:4, o reng: “Le hlokome¯
le lithahasello tsa ba bang, eseng tsa lona feela.”—Today’s English Version.
seo ke rerang ho se etsa!
Nakong e tlang ha ke utloa hore ke khaotse ho buisana le
batsoali ba ka, ke tla
ı ..........................................................................................................................
..........................................................................................................................
Haeba motsoali oa ka a tsitlella hore ke bue ka taba eo ke sa
batleng ho bua ka eona, ke tla re
..........................................................................................................................
..........................................................................................................................
Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba
ka tabeng ena ke
..........................................................................................................................
..........................................................................................................................
=
“Ke bua ka ho toba hoˇ tsoa pelong
ea ka ’me ke bua ka botsepehi.”—Jobo 33:3,
The Holy Bible in the Language of Today, ea William Beck.
˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙
Qoba ho Fana ka Maikutlo a Fosahetseng
Hopola hore ka linako tse ling seo u se buang se ka ’na sa fapana le molaetsa oo batsoali ba hao ba o utloang. Ka mohlala, batsoali ba hao ba u botsa hore na ke hobane’ng ha u bonahala eka ha ua
thaba. Ebe u re, “Ha ke batle ho bua ka taba ena.” Empa batsoaˇ
li ba hao ba utloa eka u re: “Ha ke le tsepe hoo nka le phetlelang se¯
fuba. Ke tla bua le metsoalle ea ka ka bothata boo, eseng lona.” Ak’u
leke ho tlatsa mela e ka tlaase mona. Nka hore u tobane le bothata
bo itseng bo tebileng ’me batsoali ba hao ba ithaopela ho u thusa.
ˇ
Ha u re: “Le se ke la tsoenyeha. Ke tla itharollela bona.”
Batsoali ba hao ba ka ’na ba utloa eka u re: ı ...................
Mohlomong tsela e molemo eo u ka arabang ka eona e ka
ba ho re: ..................................................................................
..................................................................................................
Ke’ng seo u lokelang ho se hopola? Ke hore u khethe mantsoe
ˇ
ka hloko. Bua ka tsela e bontsang tlhompho. (Bakolose 4:6) Talima batsoali ba hao e le bathusi, eseng lira. Ho bua ’nete: U hloka
thuso ka litsela tsohle e le hore u atlehe ho sebetsana le mathata
ao u tobanang le ’ona.
U ka etsa’ng haeba bothata hase ho
buisana le batsoali ba hao—empa ke hore nako le nako ha le
buisana lea ngangisana?
KHAOLONG E LATELANG
U NAHANA’NG KA SEE?
˘ Ho khetha nako e loketseng ho ka thusa joang tabeng
ea hore ho be le puisano e ntle?—Liproverbia 25:11.
˘ Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore u buisane le
batsoali ba hao?—Jobo 12:12.
Nka buisana le batsoali ba ka joang? 13
2
Ke hobane’ng
ha re lula re
ngangisana?
Boemong bo hlalositsoeng qalong ea khaolo ena, Rachel o tlatselitse ka
litsela tse tharo hore ho be le ngangisano. Na u ka li qolla? Ngola likarabo meleng e ka tlaase mona, ebe u li bapisa le tse lebokoseng la “Likarabo” le leqepheng la 20.
ı ..................................................................................................
..................................................................................................
..................................................................................................
14 bacha baa botsa
Ke Laboraro mantsiboea. Rachel ea lilemo li 17, o qetile mesebetsi ea lapeng ’me o itokisetsa hore qetellong a
ke a robe monakeli! O bulela TV ’me o lula setulong seo
a se ratang.
ˇ ’me` oa hae oa kena
Hang ka mor’a hore a lule fatse,
’me o bonahala a sa thaba. “Rachel! Ke hobane’ng ha u
senya nako u shebeletse TV, ha e tlameha ebe u thusa
ngoan’eno ka mosebetsi oa sekolo? Ha ho mohla u
etsang seo u se laetsoeng!”
Rachel o buela tlaase, o re: “Oa be a se a qalile.”
’Me` oa atamela, o re: “U re’ng uena ngoananyana?”
Rachel o hemela
holimo ’me o bilikisa mahlo, o re: “Ha
`
ke re letho ’Me.”
Joale ’me` oa hae o hlile o koatile. O re: “U se ke ua bua
le ’na joalo!”
Rachel oa mo arabisa, o re: “Uena ke hobane’ng ha u
mpuisa joalo?”
Nako ea phomolo e felile . . . ba qala ho ngangisana
hape.
NA U kile ua ba boemong bo kang bo hlalositsoeng ka holimo?
Na u lula u ngangisana le batsoali ba hao? Haeba ho joalo, ak’u
nahane ho se hokae ka seo. Ke lintho life tse le qabanyang haˇ
ngata? Lintlheng tse latelang, tsoaea ho tse u amang—kapa
u ngole e le qabanyang pel’a “Tse ling.”
ˇ
ı O Boitsoaro
O Mesebetsi ea lapeng O Liaparo
O Nako ea ho fihla lapeng O Boithabiso
O Metsoalle
O Banana kapa
O Tse ling ...........................................
bashanyana
Ho sa tsotellehe hore na uena le batsoali ba hao le ngangisana ka eng, seo se etsa hore le qetelle le sa thaba. Ke ’nete
¯
hore u ka ’na ua itholela ’me ua etsa eka u lumellana le ntho e
’ngoe le e ’ngoe eo batsoali ba hao ba e buang. Empa na see ke
seo Molimo a lebeletseng hore u se etse? Che. Ke ’nete hore Bibele e re u ‘hlomphe ntat’ao le ’m’ao.’ (Baefese 6:2, 3) Empa e
Ke hobane’ng ha re lula re ngangisana? 15
¯
boetse e u khothalletsa hore u holise “matla a ho nahana” le
hore u a sebelise. (Liproverbia 1:1-4; Baroma 12:1) Ha u etsa
joalo, ha ho pelaelo hore ho tla ba le lintho tse itseng tseo u li
lumelang ka tieo, ’me tse ling tsa tsona li ka ’na tsa fapana le
tseo batsoali ba hao ba li lumelang. Leha ho le joalo, malapeng
a sebelisang melao-motheo ea Bibele, batsoali le bana ba ka
buisana ka khotso—esita le haeba ba sa lumellane.—Bakolose 3:13.
¯
U ka itlhalosa joang ntle le hore puisano ea lona e fetohe
ntoa? Ho bonolo ho re: “Batsoali ba ka ba na le bothata. Etsoe
ˇ
¯
ke bona ba lulang ba ntsoenya!” Empa nahana: Ke ho isa boholeng bofe u ka laolang seo batho ba bang ba se etsang, ho akarelletsa batsoali ba hao? Ka sebele, ntho feela eo u ka e laolang
ke ho fetola seo u se etsang. ’Me ho thabisang ke hore haeba u
¯
phetha karolo ea hao ho fokotsa tsitsipano pakeng tsa lona, baˇ
tsoali ba hao ba ka ’na ba lula ba khobile matsoafo ’me ba u mamela ha u bua.
Kahoo a re hlahlobe seo u ka se etsang e le hore u khaotse ho ngangisana le bona. Sebelisa litlhahiso tse latelang, ’me
uena le batsoali ba hao le ka ’na la makatsoa ke tsela e ncha eo
le buisanang ka eona.
˘ Nahana pele u bua. U se ke ua phasoloha ntho ea pele
feela e tlang kelellong ea hao ha
NA U NE U TSEBA . . .
u utloa eka ua hlaseloa. Ka mo`
hlala, a re re ’me oa hao o re:
Ho leka ho rarolla
“Ke hobane’ng ha u sa hlatsoa liliqabang kapa ho li
jana? Ha ho mohla u etsang seo
thibela ho tla u
nolofalletsa lintho
u se laetsoeng!” Ha u mo arahaholoanyane bophelong.
ba u sa nahana u ka ’na ua re,
Ha e le hantle, Bibele e re
“U nkomanyetsa’ng joale?” Empa
motho “ea nang le mosa
sebelisa matla a ho nahana. Leka
o lerato o sebetsana ka
`
ho utloisisa tsela eo ’me oa hao
mokhoa o putsang le
moea oa hae.”
a ikutloang ka eona. Maemong
—Liproverbia 11:17.
a mangata, ha ua lokela ho nka
mantsoe a kang “mehla ena” le
?
16 bacha baa botsa
=
“Batho ba molemo baa nahana pele ba araba.”
—Liproverbia 15:28, Today’s English Version.
˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙
ˇ
“ha ho mohla” ka tsela ea sebele. Leha ho le joalo, a bontsa tsela eo motsoali a ikutloang ka eona. E ka ’na eaba o ikutloa
joang?
`
Mohlomong ’me oa hao o ferekane, o nka hore ba bang ka
lapeng baa mo imetsa ka mosebetsi. E ka ’na eaba o mpa feela
ˇ
a batla hore u mo tiisetse hore ua mo tsehetsa. Haeba ho joalo,
ho re: “U nkomanyetsa’ng joale?” ho ke ke ha u thusa ka letho
—empa ho ka ’na ha mpefatsa lintho! Ho e-na le hoo, ke hoba`
ne’ng ha u sa etse hore ’me oa hao a phutholohe? Ka mohlala,
`
u ka ’na ua re: “Kea bona hore u koatile ’Me. Ke tla hlatsoa lijana tseo hona joale.” Tlhokomeliso: U se ke ua bua ka ho phoˇ
qa. Araba ka tsela e bontsang kutloelo-bohloko ’me seo se ka
’na sa mo kokobetsa bohale ebe o u bolella hore na ha e le hantle bothata ke eng.1
`
Ka tlaase mona, ngola mantsoe ao ’me kapa ntate oa hao a
ka ’nang a a bua, a ka u khopisang—haeba u a lumella.
ı ..................................................................................................
ˇ
Joale nahana ka karabo e bontsang kutloelo-bohloko, e ka
ˇ
’nang ea bontsa hore u utloisisa hore na ke hobane’ng ha a bua
joalo.
..................................................................................................
˘ Bua ka tlhompho. Michelle o ithutile ka se mo etsahaletseng hore ke habohlokoa hore
`
na o bua le ’me oa hae joang. O
re: “Ho sa tsotellehe hore na bo`
thata ke’ng, ’Me o lula a mpolella hore ha a rate tsela eo ke mo
KELETSO
Ha batsoali ba hao ba
bua le uena, tima
sebapala-’mino, beha
buka
ˇ kapa makasine
fatse ’me u ba shebe
mahlong.
1 Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng,
sheba Khaolo ea 21, Bukeng ea 2.
Ke hobane’ng ha re lula re ngangisana? 17
‘‘
`
¯
ˇ
Ka linako tse ling, ’Me o kopa tsoarelo ebe
oa nhaka ’me seo sea nthabisa. Joale re lebala
tse fetileng. Le ’na ke leka ho mo etsisa. Ho
¯
ˇ
tlohela boikhohomoso le ho kopa tsoarelo ka tieo
ho molemo haholo, le hoja bonneteng ho se
bonolo.
—Lauren
’’
buisang ka eona.” Haeba seo se atisa ho u etsahalla, ithute ho
buela tlaase le hona u bue butle, ’me u qobe ho bilikisa maˇ
hlo kapa ho etsa lintho tse ling tse bontsang hore u tenehile. (Liproverbia 30:17) Haeba u utloa eka u tla tloha u halefa,
ˇ
etsa thapelo e khutsoanyane ka pelong. (Nehemia 2:4) Ke ’nete
¯
hore sepheo sa hao hase ho kopa Molimo ho u thusa hore ‘moˇ
tsoali oa hao a khaotse ho u tsoenya’ empa ke hore a u thuse u
ithibe e le hore u se ke ua mpefatsa boemo le ho feta.—Jakobo 1:26.
Ka tlaase mona, ngola tse ling tsa lintho tseo u atisang ho li
bua le ho li etsa tseo u lokelang ho li qoba.
Lintho tseo u li buang:
ı ..................................................................................................
..................................................................................................
Lintho tseo u li etsang ka sefahleho le ka ’mele:
..................................................................................................
..................................................................................................
˘ Mamela. Bibele e re: “Ea buang haholo sebe se teng polelong tsa hae.” (Liproverbia 10:19, Bibele—Phetolelo e Ncha)
`
Kahoo etsa bonnete ba hore u fa ’me kapa ntate oa hao monyetla oa hore a bue, ’me u mo mamele ka hloko. U se ke ua mo
kena hanong e le hore u ikemele. Mo mamele. Hamorao ha a
se a qetile ho bua, u tla ba le nako e ngata ea ho botsa lipotso
kapa ea ho itlhalosa. Ka lehlakoreng le leng, haeba u etsa maˇ
nganga ’me u tsitlella ho ntsa maikutlo a hao ka nako eo, u ka
18 bacha baa botsa
Ho ngangisana
ˇ le
motsoali ho tsoana
le
´
ho tapa-tapa nga e le
’ngoe—u tla fufuleloa
empa ha ho na moo u
tla ea teng
’na ua mpefatsa lintho le ho feta. Esita le haeba ho e-na le lintho
tse ngata tseo u batlang ho li bua, mohlomong eo “ke nako ea
ho khutsa.”—Moeklesia 3:7.
¯
ˇ
˘ Ikemisetse ho kopa tsoarelo. Kamehla ho molemo hore
¯
ˇ
u kope tsoarelo ka ntho leha e le efe eo u e entseng e le qabantseng. (Baroma 14:19) U ka ba ua ’na ua re u masoabi hore
ebe le qabane. Haeba u thatafalloa ho etsa sena le shebane
seo ke rerang ho se etsa!
Tlhahiso e khaolong ena eo ke lokelang ho ntlafatsa haholo
ho eona ke
ı .................................................................................................................................
.................................................................................................................................
Ke etsa qeto ea ho sebelisa tlhahiso
ena ho qala ka la (ngola letsatsi) ........................................................................
Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba
ka tabeng ena ke
.................................................................................................................................
.................................................................................................................................
likarabo 1. O` bua ka ho phoqa (“Oa be a se a qalile”) ’me seo
se etsa hore ’me oa hae a ferekane le ho feta. 2. Rachel o ile a
ipitsetsa mathata ka ponahalo ea sefahleho (ha a bilikisa mahlo).
3. Hangata ho arabisa motsoali (“Uena ke hobane’ng ha u mpuisa
joalo?”) ho mpefatsa litaba.
ˇ
mahlong, leka ho ngola maikutlo a hao fatse. Ebe u ‘tsamaea
maele e ’ngoe’ ka ho fetola ntho leha e le efe eo u e entseng e
tlatselitseng bothateng boo. (Matheu 5:41) Ka mohlala, haeba
le qabantsoe ke ho se etse seo u se laetsoeng, ke hobane’ng ha
u sa thabise batsoali ka hore u etse mosebetsi oo ba sa lebella?
Esita le haeba ke ntho eo u sa rateng ho e etsa, na ha ho molemo hore u e etse ho e-na le hore u halefise batsoali ba hao ha
ba fumana hore ha ua e etsa? (Matheu 21:28-31) Kahoo nahana kamoo u ka ruang molemo kateng ha u phetha karolo ea
hao ho fokotsa tsitsipano pakeng tsa hao le batsoali.
Malapa a atlehileng a ba le liqabang, empa a tseba ho li rarolla ka khotso. Haeba u sebelisa litlhahiso tse fanoeng khaolong ena, u ka ’na ua fumana hore u ka buisana le batsoali ba
hao ka lintho tse thata—ntle le hore le ngangisane!
Na u nka hore batsoali ba hao ba
lokela ho u fa bolokolohi bo eketsehileng? Haeba ho joalo,
u ka etsa’ng?
KHAOLONG E LATELANG
U NAHANA’NG KA SEE?
˘ Ke hobane’ng
ha bacha ba bang ba nkela holimo taba
¯
ea ho hlola likhang?
˘ Ke hobane’ng ha Jehova Molimo a nka motho ea
ratang ho ngangisana le ba bang e le leoatla?
—Liproverbia 20:3.
˘ U tla rua molemo ofe ka ho fokotsa tsitsipano pakeng
tsa hao le batsoali?
20 bacha baa botsa
3
Nka etsa’ng hore ke
fumane bolokolohi bo
eketsehileng?
“Ke lakatsa eka ka linako tse ling batsoali ba ka ba ka ntumella hore ke itsamaele ke le mong.”—Sarah ea lilemo li 18.
“Ke botsa
hore na ke hobane’ng ha
ˇ batsoali ba
¯ ka kamehla
ˇ
ba sa ntsepe haˇ ke kopa ho intsa leˇ metsoalle ea ka. Ba atisa
ho re: ‘Rea u tsepa. Re mpa re sa tsepe metsoalle ea hao.’ ”
—Christine ea lilemo li 18.
NA JOALOKA Sarah le Christine u lakatsa ho fumana bolokolohi bo eketsehileng? E le hore u bo fumane, ho tla hlokahala hore
ˇ
ˇ
batsoali ba hao ba u tsepe. Empa hore motho a tseptjoe, ho batla
ˇ
ho tsoana le hore a fumane chelete. Ho thata ho e fumana, empa
ho bonolo hore e lahlehe, ’me ho sa tsotellehe hore na u fumana e
kae, ho ka ’na ha bonahala eka ha ho mohla e lekaneng. Iliana ea
ˇ
lilemo li 16 o re: “Neng le neng ha ke batla ho intsa le metsoalle ea
ka, batsoali ba ka ba ntlhoma lipotso ka hore na ke ea hokae, ke
tsamaea le bo-mang, re tla be re etsa’ng le hore na ke tla khutla
neng. Kea tseba hore ke batsoali ba ka empa kea teneha ha ba
ntlhoma lipotso joalo!”
ˇ
U ka etsa’ng e le hore batsoali ba hao ba u tsepe haholoanyane ’me ba u fe bolokolohi bo eketsehileng? Pele re araba potso eo,
ˇ
a re qale ka ho hlahloba hore na ke hobane’ng ha taba ea ho tseptjoa e le e phahamisang maikutlo hakana ho batsoali le bacha ba
bangata.
¯
Mathata a Tsamaeang le ho Hola
Bibele e re ‘monna o tla siea ntat’ae le ’m’ae.’ (Genese 2:24)
Ho joalo le ka mosali. Ebang u moshanyana kapa u ngoanana,
morero o ka sehloohong oa ho ba mocha ke ho u lokiselletsa ho
ba motho e moholo, ha u se u tloha lapeng, mohlomong ho ea theha lelapa.1
Leha ho le joalo, phetoho e bang teng ha u e-ba motho e moˇ
holo ha e tsoane le monyako o butsoeng oo u ikenelang habonolo
ˇ
feela ka oona ha u fihla lilemong tse itseng. E tsoana le litepisi tseo
u lokelang li hloa ka bonngoe nakong ea bocha. Ke ’nete hore
uena le batsoali le ka ’na la fapana ka maikutlo tabeng ea hore na
u se u hloele litepisi tse kae. Maria
ea nahanang hore batsoali ba hae
NA U NE U TSEBA . . .
ˇ
ha ba mo tsepe tabeng ea ho kheHo fa ngoana bolokolohi
tha metsoalle, o re: “Ke lilemo li
bo seˇ nang moeli ha ho
20, empa le hona joale batsoali ba
bontse hore motsoali oa
ˇ
ˇ
ka ba ntse ba sa ntsepe. Ba nahamo rata empa ho bontsa
?
hore ha a mo tsotelle.
22 bacha baa botsa
1 Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng,
sheba Khaolo ea 7 bukeng ena.
HA U LE
MOTHO E
MOHOLO
HA U LE NGOANA
HA U LE MOCHA
ˇ
Ho fetoha
motho e moholo ea ka tseptjoang
ˇ
ho tsoana le ho hloa litepisi ka bonngoe
nakong ea bocha
na hore nke ke ka ba le sebete sa ho tloha ha ba bang ba etsa lintho tse tsoileng tseleng. Ke lekile ho ba bolella hore ke se ke ’nile
ka tloha ha ba bang ba etsa lintho tse tsoileng tseleng, empa ha ba
nkholoe!”
ˇ
Joalokaha mantsoe a builoeng ke Maria a bontsa, taba ea ho
ˇ
¯ ¯
tseptjoa e ka baka tsitsipano e kholo pakeng tsa bacha le batsoali. Na ho joalo heno? Haeba ho joalo, u ka etsa’ng hore batsoali ba
ˇ
hao ba u tsepe haholoanyane? Hona haeba u entse lintho tse
ˇ
itseng tse booatla tse entseng hore ba se ke ba hlola ba u tsepa, u
ˇ
ka etsa’ng hore ba boele ba u tsepe?
ˇ
ˇ
Bontsa Hore U ka Tseptjoa
KELETSO
Moapostola Pauluse o ile a
Ho e-na le ho bapisa lithingolla Bakreste ba lekholong la
belo tseo u li behetsoeng
pele la lilemo, a re: “Le ’ne le leke
hona joale le bolokolohi
seo le leng sona.” (2 Bakorinthe
boo e ka ’nang eaba mo13:5) Ke ’nete hore Pauluse o ne a
holoane oa hao o na le
sa bue ka ho toba le bacha. Empa
bona, bapisa bolokolohi
molao-motheo oo oa sebetsa le ho
boo u nang le bona hona
bona. Hore na batsoali ba hao ba u
joale le lithibelo tseo u
neng u li behetsoe ha u
fa bolokolohi bo bokae hangata ho
ˇ
ˇ
sa le monyenyane.
itsetleha ka hore na u bontsa haˇ
kae hore u ka tseptjoa. Sena ha se
Nka etsa’ng hore ke fumane bolokolohi bo eketsehileng? 23
‘‘
Ke bua le batsoali ba ka ke phutholohile ha
ke ba bolella mathata a ka le lintho tse
ˇ
ntsoenyang. Ke nahana hore sena se ba
ˇ
nolofalletsa hore ba ntsepe.
—Dianna
’’
bolele hore u lokela ho ba ea phethahetseng. Etsoe bohle re etsa
ˇ
liphoso. (Moeklesia 7:20) Leha ho le joalo, na tsela eo u itsoereng
ˇ
ka eona e etsa hore batsoali ba hao ba se ke ba u tsepa?
ˇ
Ka mohlala, Pauluse o ile a ngola, a re: “Re lakatsa ho itsoara
ˇ
ka botsepehi linthong tsohle.” (Baheberu 13:18) Ipotse, ‘Ebe ke
iketselitse lebitso la mofuta ofe ho batsoali ba ka tabeng ea ho ba
bolella hore na ke ea hokae le hore na ke tla be ke etsa’ng moo?’
Nahanisisa ka se builoeng ke bacha ba ’maloa ba ileng ba tlameha
ho itlhahlobisisa tabeng ena. Ha u qeta ho bala seo ba se buileng,
araba lipotso tse ka tlaase mona.
Lori o re: “Ke ne ke ngollana melaetsa ea e-mail ka sekhukhu
le moshanyana e mong eo ke neng ke mo rata. Batsoali ba ka ba
ile ba tseba ka taba ena ’me ba ntaela hore ke khaotse. Ke ile ka ba
ˇ
tsepisa hore ke tla khaotsa, empa ha kea ka ka etsa joalo. Ke ile ka
tsoela pele ke ngollana le eena selemo kaofela. Ke ne ke ngolla moshanyana eo, batsoali ba ka ba fumane hore ke ntse ke mo
¯
ˇ
ˇ
ngolla, ebe ke kopa tsoarelo, ke ba tsepise hore ke tla khaotsa,
empa ke ’ne ke mo ngolle hape. Ho ile ha fihla nako eo batsoali ba
ˇ
ka ba neng ba se ba sa ntsepe ka ntho leha e le efe!”
U nahana hore ke hobane’ng ha batsoali ba Lori ba ile ba qeˇ
tella ba sa mo tsepe? ı .............................................................
..................................................................................................
Haeba u ne u le motsoali oa Lori, u ka be u entse’ng, hona hobane’ng? ...................................................................................
..................................................................................................
ˇ
ˇ
Lori a ka be a entse’ng ho bontsa hore a ka tseptjoa ka mor’a
hore batsoali ba hae ba bue le eena ka lekhetlo la pele?
..................................................................................................
24 bacha baa botsa
BALA
BALA HO
HO EKETSEHILENG
EKETSEHILENG KA
KA TABA
TABA ENA
ENA
BUKENG
BUKENG EA
EA 2,
2, KHAOLONG
KHAOLONG EA 22
=
¯
“Le se ke la sebelisa bolokolohi ba lona e
le boikemelo ba ho etsa se fosahetseng.”
—1 Petrose 2:16, Contemporary English Version.
˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙
ˇ
Beverly o re: “Batsoali ba ka ba ne ba sa ntsepe litabeng tsa
bashanyana, empa hona joale ke utloisisa lebaka. Ke ne ke bonya
ˇ
le bashanyana ba ’maloa ba neng ba ntsiea ka lilemo tse peli. Ke ne
ke boetse ke qeta lihora ke bua le bona fonong, ’me ha re le ’mokeng, ke ne ke ipuela le bona feela. Batsoali ba ka ba ile ba nkamoha fono khoeli kaofela, ’me ha baa ka ba hlola ba ntumella hore ke
ee moo bashanyana bao ba neng ba tla ba teng.”
Haeba u ne u le motsoali oa Beverly, u ka be u entse’ng, hona
hobane’ng? ı ...........................................................................
..................................................................................................
Na u nahana hore lithibelo tseo batsoali ba Beverly ba neng ba
mo behetse tsona li ne li sa utloahale? Haeba ho joalo, hobane’ng?
..................................................................................................
..................................................................................................
Beverly a ka be a entse’ng hore batsoali ba hae ba boele ba mo
ˇ
tsepe? .......................................................................................
..................................................................................................
ˇ
Ho Etsa Hore ba Boele ba U Tsepe
U ka etsa’ng haeba le uena, joaloka bacha ba qotsitsoeng ka
ˇ
holimo, u entse hore batsoali ba hao ba se ke ba hlola ba u tsepa?
ˇ
U ntse u ka etsa hore ba boele ba u tsepe. Empa u ka etsa seo
joang?
ˇ
Ho ka etsahala hore batsoali ba hao ba boele ba u tsepe ’me ba
ˇ
u fe bolokolohi bo eketsehileng haeba u bontsa ka liketso hore u se
ˇ
u ka tseptjoa. Annette o ile a hlokomela ntlha eo. O re: “Ha u sa le
ˇ
monyenyane, ha u utloisise ka botlalo hore na ho tseptjoa ho boˇ
hlokoa hakae. Hona joale ke phela ka tsela e bontsang boikarabeˇ
lo haholoanyane ’me ke ikutloa ke tlameha ho itsoara ka tsela e tla
Nka etsa’ng hore ke fumane bolokolohi bo eketsehileng? 25
ˇ
etsa hore batsoali ba ka ba lule ba ntsepa.” U ithuta’ng ho see? Ho
ˇ
e-na le ho tletleba ka hore batsoali ba hao ha ba u tsepe, tsepamiˇ
sa maikutlo tabeng ea ho iketsetsa botumo ba hore ua tsepahala.
Mohlomong ba tla u fa bolokolohi bo eketsehileng.
ˇ
Ka mohlala, na ua tsepahala linthong tse boletsoeng ka tlaase
ˇ
moo? Tsoaea lebokoseng le haufi le lintlha leha e le life tseo u
lokelang ho ntlafatsa ho tsona.
ı O Ho fihla ka nako eo ke e
behetsoeng lapeng
O Ho boloka nako
O Ho qeta mesebetsi ea
lapeng
ˇ
O Ho phethahatsa litsepiso
O Ho sebelisa chelete hantle
O Ho tsoha ke sa khannoe ka morao
O Ho boloka kamore ea ka e O Ho bua ’nete
hloekile
O Ho sebelisa fono kapa
k’homphieutha hantle
ha ke entse phoso le ho
O Ho¯ lumela
ˇ
kopa tsoarelo
O Tse ling ..............................................................................
ˇ
ˇ
Ke hobane’ng ha u sa ikemisetse ho bontsa hore u ka tseptjoa
ˇ
lintlheng tseo u li tsoaileng? Latela keletso ena ea Bibele: “Le lahle
seo ke rerang ho se etsa!
ˇ
Ke tla tsepahala haholoanyane lintlheng
tse latelang:
ı ..........................................................................................................................
..........................................................................................................................
ˇ
Haeba batsoali ba ka ba se ba sa ntsepe, ke tla
..........................................................................................................................
..........................................................................................................................
Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba
ka tabeng ena ke
..........................................................................................................................
..........................................................................................................................
¯
ˇ
botho ba khale bo lumellanang le tsela ea lona ea pele ea boitsoa¯
ro.” (Baefese 4:22) “E ea lona e ke e bolele E.” (Jakobo 5:12) “E
¯
mong le e mong oa lona a bue ’nete le moahelani oa hae.” (Baefe¯
se 4:25) “Le mamele batsoali ba lona nthong e ’ngoe le e ’ngoe.”
(Bakolose 3:20) Ha nako e ntse e ea, tsoelo-pele ea hao e tla bonahala ho bohle le ho batsoali ba hao.—1 Timothea 4:15.
Empa u ka etsa’ng haeba batsoali ba hao ba ntse ba sa u fe bolokolohi bo u loketseng, ho sa tsotellehe boiteko bohle boo u bo
etsang? U ka ’na ua buisana le bona ka taba eo. Ho e-na le hore u
ˇ
lle ka hore ba lokela ho u tsepa haholoanyane, ka tlhompho ba botse hore na ba nahana hore u lokela ho ntlafatsa ntlheng efe e le
ˇ
hore ba u tsepe. Hlalosa ka ho hlaka hore na u lakatsa ho finyella
eng tabeng eo.
U se ke ua lebella hore batsoali ba hao ba etse phetoho ka potlako. Ha ho pelaelo hore ba tla batla ho kholiseha hore u tla pheˇ
ˇ
tha seo u se tsepisitseng. Sebelisa monyetla ona ho bontsa hore u
ˇ
ˇ
ka tseptjoa. Ka mor’a nako, batsoali ba hao ba ka ’na ba u tsepa
haholoanyane le ho u fa bolokolohi bo eketsehileng. Ho ile ha
etsahala joalo ka Beverly, ea qotsitsoeng pejana. O re: “Ho bonoˇ
lo ho etsa hore batsoali ba se ke ba u tsepa, empa ho thata ho etsa
ˇ
hore ba boele ba u tsepe.” Oa phaella: “Hona joale ba ntse ba ea ba
ˇ
ntsepa haholoanyane, ’me ke ikutloa ke thabile!”
Na batsoali ba hao ba hlalane? U ka
ˇ
bontsa ho leka-lekana joang ha ho bonahala eka ho hang
lintho ha li u tsamaele hantle bophelong?
KHAOLONG E LATELANG
U NAHANA’NG KA SEE?
˘ Ke hobane’ng ha batsoali ba hao ba ka ’na ba e-ba
leqe ho u fa bolokolohi
bo eketsehileng
le hoja u leka
ˇ
ˇ
ka matla ho bontsa hore ba ka u tsepa?
˘ Ha u khona ho buisana le batsoali ba hao hantle, seo
se ama boikemisetso ba bona joang ba hore ba u fe
bolokolohi bo eketsehileng?
Nka etsa’ng hore ke fumane bolokolohi bo eketsehileng? 27
`
Ke hobane’ng ha ’me
le ntate ba ile ba arohana?
4
`
“Ke ne ke e-na le ’Meˇ lapeng, mohla Ntate a re sieang.
Ke ne ke le lilemo li tseletseng feela, kahoo ke sa ˇ
utloisise hore na ho etsahala’ng. Ke
fatse
` ne ke lutse
¯
ke shebeletse TV ’me ka utloa ’Me a lla, a kopa Ntate
hore a se ke a tsamaea. O ile a theoha ka litepisi a
nkile sutuk’heise, a khumama a ntan’o nkaka ’me a re,
‘Ke tla lula ke u rata.’ Eaba oa tsamaea. Ka mor’a moo,
ho ile ha feta nako e telele
ˇ ke sa bone` Ntate. Ho tloha
ka ˇnako eo, ke ’nile ka tsoha hore ’Me le eena o tla
ntsiea.”—Elaine ea lilemo li 19.
HA BATSOALI ba hao ba hlalana, ho ka ’na ha bonahala eka
seo ke qetello ea bophelo ba hao, ’me u tla lula u saretsoe ho
ea ho ile. Hangata ho etsa hore motho a hlajoe ke lihlong, a haˇ
ˇ
lefe, a tsoenyehe, a tsohe hore o tla lahloa kherehloa, a ikutloe
a le molato, a tepeletse maikutlo ebile a lahlehetsoe haholo
—’me a batle ho iphetetsa.
Haeba batsoali ba hao ba sa tsoa arohana, u ka ’na ua ikuˇ
¯
tloa ka tsela e tsoanang ’me seo ha se makatse, kaha ’Mopi oa
¯
¯
`
rona o ne a rerile hore bana ba holisoe ke ’me le ntate. (Baefese 6:1-3) Hona joale ha u sa khona ho qeta nako u e-na le motsoali oa hao e mong letsatsi le letsatsi, eo e ka ’nang eaba u ne
u mo rata haholo. Daniel eo batsoali ba hae ba ileng ba arohana ha a le lilemo li supileng, o re: “Ke ne ke rata ntate oa ka haholo ’me ke batla ho qeta nako ke e-na le eena. Empa lekhotla
`
¯
le ile la fa ’Me tokelo ea ho re holisa.”
Mabaka ao ka ’Ona Batsoali ba Arohanang
Hangata bana baa makala ha batsoali ba arohana, kaha batsoali ba ne ba patile mathata a bona. Rachel ea neng a le lilemo li 15 ha batsoali ba hae ba arohana, o re: “Ke ile ka makala haholo. Kamehla ke ne ke nahana hore baa ratana.” Esita le
ha batsoali ba ngangisana, e ntse e ka ’na ea e-ba ho utloisang
bohloko ha ba arohana!
Hangata batsoali ba arohana hobane e mong a le molato
ˇ
oa ho ameha boitsoarong bo bobe ba ho kopanela liphate.
Boemong bo joalo, Molimo o lumella molekane ea se nang
molato ho hlala ’me a lokolohe hore a kene lenyalong hape.
(Matheu 19:9) Maemong a mang, “khalefo le ho tleroha le
puo e nyefolang” li feletse ka pefo ’me li entse hore motsoaˇ
li e mong a tsabe hore eena le bana ba ka lematsoa ’meleng.
—Baefese 4:31.
Ke ’nete hore banyalani ba bang ba arohana ka mabaka a
sa utloahaleng hakaalo. Ho e-na le ho leka hore ba rarolle mathata, banyalani ba bang ka boithati baa hlalana hobane ba re
“ha baa thaba” kapa “ha ba sa ratana.” Sena ha se khahlise
Molimo ea ‘hloileng tlhalo’ ea mofuta oo. (Malakia 2:16) Jesu o
`
Ke hobane’ng ha ’me le ntate ba ile ba arohana? 29
ile a bolela hore malapa a mang a ka ’na a qhalana ha molekane e mong e e-ba Mokreste.—Matheu 10:34-36.
Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe, taba ea hore batsoali ba hao ba khethile ho se u bolelle letho kapa ho u araba
feela ka tsela e sa hlakang ha u ba botsa lipotso tse itseng mabapi le ho hlalana ha bona, ha e bolele hore ha ba u rate.
Kaha ba nahana haholo ka bohloko boo ba bo utloileng, e ka
’na eaba batsoali ba hao ba thatafalloa ho bua le uena ka ho
hlalana ha bona. (Liproverbia 24:10) Hape ba ka ’na ba ikutloa
ba sa lokoloha ba bile ba hlajoa ke lihlong ho lumela liphoso
tseo ba li entseng.
Seo U ka se Etsang
ˇ
Lemoha lintho tseo u li tsohileng. Kaha tlhalo e ka fetola
ka ho feletseng tsela eo u neng u phela ka eona, u ka ’na ua
ˇ
qala ho tsoenyeha ka lintho tseo pele u neng u sa li nkele hlooˇ
hong hakaalo. Leha ho le joalo, u ka ’na ua fokotsa tsabo ka ho
qala ho lemoha hore na lintho tseo ke life. Ka tlaase mona,
ˇ
ˇ
tsoaea haufi le ntho eo u e tsohileng haholo, kapa u e ngole
haufi le “Tse ling.”
ı O Motsoali oa ka e mong le eena o tla ntahla.
O Lelapa leso le ke ke la e-ba le chelete e lekaneng ea ho iphelisa.
O Ka tsela e itseng, ke molato hore ebe ba hlalane.
O Haeba ke kena lenyalong, le lona le tla qhalana.
O Tse ling ..............................................................................
ˇ
ˇ
Tsohla lintho tse u tsoenyang. Morena Solomone o ile a
re ho na le “nako ea ho bua.” (Moeklesia 3:7) Kahoo, leka ho fumana nako e loketseng ea hore u buisane le batsoali ba hao ka
ˇ
lintho tseo u li tsohileng, tseo u li boletseng ka holimo. Ba bolelle kamoo u utloileng bohloko kateng kapa u ferekaneng kateng.
NA U NE U TSEBA . . .
Ba ka ’na ba khona ho u hlalosetsa se etsahalang ’me kahoo ba
U ka thaba lenyalong le
ˇ
kokobetsa ho tsoenyeha ha hao.
hoja batsoali ba hao ba
ne ba sa thaba lenyalong
Haeba batsoali ba hao ba sa ikeˇ
la bona.
misetsa ho u tsehetsa kapa ba sa
khone ka nako eo, u ka ’na ua
?
30 bacha baa botsa
BALA
BALA HO
HO EKETSEHILENG
EKETSEHILENG KA
KA TABA
TABA ENA
ENA
BUKENG
BUKENG EA
EA 2,
2, KHAOLONG
KHAOLONG EA 25
=
“Ho na le . . . nako ea ho folisa.”
—Moeklesia 3:1, 3.
˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙
¯
buisana le motsoalle e mong ea holileng tsebong. Ithaopele ho
ea ho motho eo. Hore feela motho e mong a u mamele, seo ka
bosona se ka u imolla haholo.—Liproverbia 17:17.
Ka holim’a tsohle, u ka bua le
Ntate oa hao oa leholimo ea tla
KELETSO
u mamela, kaha ke “Ea Utloang
thapelo.” (Pesaleme ea 65:2) Mo
Haeba batsoali ba hao ba
ˇ
hlalane, ho ka etsahala
tsollele pelo ea hao, ‘hobane oa u
hore ebe e mong oa bona
tsotella.’—1 Petrose 5:7.
kapa ka bobeli ba bona ba
entse liphoso. Leka ho hlokomela hore na ba entse
liphoso life e le hore u ka
qoba ho li etsa haeba u
khetha ho kena lenyalong.
—Liproverbia 27:12.
Seo U sa Lokelang ho se Etsa
U se ke ua ba jara ka pelo.
Daniel ea qotsitsoeng pejana, o
re: “Batsoali ba ka e ne e le baithati. Ha baa ka ba nahana ka
¯
rona le hore na seo ba se etsang
se tla re ama joang.” Tsela eo
Daniel a ikutloang ka eona ea utloahala ’me e ka ’na eaba ke
’nete. Empa u ne u ka araba lipotso tse latelang joang? Ngola
likarabo meleng e ka tlaase mona.
Daniel o ne a ka hlaheloa ke kotsi efe haeba a ne a lula a
halefile a bile a khopehile? (Bala Liproverbia 29:22.)
ı ..................................................................................................
Le hoja ho ne ho tla ba thata, ke hobane’ng ha ho ne ho ka
ˇ
’na ha e-ba molemo hore Daniel a leke ho tsoarela batsoali ba
hae ka tsela eo ba mo utloisitseng bohloko ka eona? (Bala
Baefese 4:31, 32.)
..................................................................................................
’Nete ea motheo e boletsoeng ho Baroma 3:23, e ne e ka
’na ea thusa Daniel joang hore a be le boikutlo bo nepahetseng
ka batsoali ba hae?
..................................................................................................
`
Ke hobane’ng ha ’me le ntate ba ile ba arohana? 31
‘‘
`
Ka mor’a hore ’Me a re siee, ke ne ke sithabetse
’me ke lla letsatsi le chabang le le likelang. Empa
ke ne ke rapela kamehla, ke phathahane ka ho
thusa ba bang ke bile ke qeta nako ke e-na le
¯
metsoalle e holileng tsebong. Ke lumela hore eo
ke tsela eo Jehova Molimo a nthusitseng ka eona
hore ke sebetsane le boemo boo.
—Natalie
’’
ˇ
Qoba ho etsa lintho tse tla u ntsa kotsi. Denny o re: “Ke
ne ke hlorile ke bile ke sithabetse ha batsoali ba ka ba qeta ho
hlalana. Lintho li ile tsa qala ho ntsamaela hampe sekolong
’me ka selemo se seng ka feila. Ka mor’a moo . . . ke ile ka tlala papali ’me ke ne ke lula ke loana sekolong.”
U nahana hore Denny o ne a leka ho finyella eng ka ho ba
motho ea tletseng papali? ı ....................................................
..................................................................................................
E ka ’na eaba ke hobane’ng ha a ile a qala ho rata ntoa?
..................................................................................................
Haeba u utloa u batla ho utloisa batsoali ba hao bohloko ka
hore u etse lintho tse tsoileng tseleng, molao-motheo o ho Ba-
seo ke rerang ho se etsa!
¯
Nka bolella (ngola lebitso la motho ea hˇ olileng tsebong eo u
ka ratang ho bua le eena) lintho tse ntsoenyang
ı ..........................................................................................................................
Haeba ke batla ho utloisa batsoali ba ka bohloko ka hore ke
etse lintho tse tsoileng tseleng, nka thibela seo ka ho etsa
se latelang:
..........................................................................................................................
..........................................................................................................................
Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba
ka tabeng ena ke
..........................................................................................................................
..........................................................................................................................
Ho amohela
ˇ hore batsoali ba hao ba hlalane ho tsoana le ha u robehile letsoho—ke
ntho e bohloko, empa qetellong u tla fola
galata 6:7 o ka u thusa joang hore u be
le pono e loketseng? ı .........................
...............................................................
Seo U ka se Lebellang Nakong e Tlang
Ha motho a tsoile kotsi, e kang ea ho
robeha lesapo, a ka ’na a nka libeke kapa
likhoeli hore a fole ka ho feletseng. Ka ho
ˇ
tsoanang, ho nka nako hore bohloko ba
maikutlo bo fole. Litsebi tse ling li nahana hore maikutlo a bohloko ka ho fetisisa
a bang teng ka lebaka la tlhalo a kokobela ka mor’a lilemo tse tharo. Eo e ka ’na ea bonahala eka ke
nako e telele, empa hopola hore ho na le lintho tse ngata tse lokelang ho etsahala pele u ka ba le botsitso bophelong.
Har’a tse ling, kemiso ea lelapa—e ileng ea ferekanngoa ke
tlhalo—e tlameha ho hlophisoa bocha. Ho tla boela ho nke
nako pele batsoali ba hao ba hlaphoheloa maikutlong. Ka nako
ˇ
eo, ba ka ’na ba qetella ba khona ho u tsehetsa ka tsela eo u e
hlokang. Empa ha u boetse u e-ba le botsitso ka tsela e itseng,
u tla qala ho utloa bophelo ba hao bo khutlela setloaeling.
ˇ
KHAOLONG E LATELANG Na u ikutloa u tsoenyehile ka hore ebe
motsoali oa hao o kena lenyalong hape? U ka sebetsana le
boemo boo joang?
U NAHANA’NG KA SEE?
˘ Ke hobane’ng ha batsoali ba hao ba ka ’na ba e-ba leqe
ho buisana le uena ka ho hlalana ha bona?
˘ Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho hopola hore
batsoali ba hao ba hlalane hobane ba qabane—eseng
hobane ba qabane le uena?
`
Ke hobane’ng ha ’me le ntate ba ile ba arohana? 33
5
Nka etsa’ng
ha motsoali
oa ka a kena
lenyalong
hape?
E KA ’na eaba motsoali oa hao o
thabile haholo ha a kena lenyalong
hape. Empa e ka ’na eaba uena ha
ua thaba ho hang! Hobane’ng? Ha
ˇ
motsoali a kena lenyalong hape, seo se felisa tsepo ea hore batsoali ba hao ba sa tla ke ba boelane. Ka lehlakoreng le leng, e
ka ba ho utloisang bohloko haholo ha motsoali oa hao a kena lenyalong hape nakoana ka mor’a lefu la motsoali oa hao e mong eo
u mo ratang.
U ile ua ikutloa joang ha motsoali oa hao a kena lenyalong
ˇ
hape? Tsoaea haufi le tlhaloso leha e le efe e loketseng.
Ke ile ka ikutloa . . .
ı O Ke thabile
O Ke sa sireletseha O Ke soetsehile
ka e mocha
O Ke honohela motsoali oa
ˇ
O Ke le molato oa ho se tsepahale ha ke qala ho rata
motsoali e mocha
U ka ’na ua ikutloa ka tsela e hlalositsoeng qetellong hobane u
ˇ
tsepahala ho motsoali oa hao ea sieo. Ho sa tsotellehe hore na lebaka ke lefe, lintlha tse boletsoeng ka holimo li ka ’na tsa etsa hore
ˇ
u ntse bohloko ka litsela tse ka bang kotsi.
34 bacha baa botsa
Ka mohlala, u ka ’na ua lula u sulafalletsa motsoali oa hao
e mocha bophelo. U ka ba ua leka ho qabanya motsoali oa hao
le molekane oa hae e mocha, u nahanne hore ba tla arohana.
Leha ho le joalo, maele ana a bohlale aa lemosa: “Mang kapa
mang ea tlisetsang ntlo [eabo] khathatso, o tla rua moea”—ke
hore o tla qetella a se na letho. (Liproverbia 11:29) Ha ho hlokahale hore u oele lerabeng leo. Ho na le litsela tse ling tseo ka
tsona u ka atlehang ho sebetsana le ho utloa bohloko maikutlong. Nahana ka mehlala e seng mekae.
Bothata ba Pele: Ho Ikokobelletsa Bolaoli ba
Motsoali e Mocha
Ha ho bonolo ho ikokobelletsa bolaoli ba motsoali e mocha.
Ha a u laela hore u etse ntho e itseng, u ka ’na ua utloa u batla ho
`
phasoloha, u re, ‘Ha u ’Me kapa ha u Ntate!’ Ho bua joalo ho ka
’na ha etsa hore u ikutloe u khotsofetse ka nakoana, empa ho boˇ
¯
ntsa hore ha u e-s’o hole kelellong.
Ka lehlakoreng le leng, ho amohela bolaoli ba motsoali e moˇ
cha ke tsela e ’ngoe ea ho bontsa hore u mametse keletso ea Bi¯
bele ea hore “u hole kelellong.” (1 Bakorinthe 14:20, The Holy Bible in the Language of Today, ea William Beck) Ha e le hantle,
`
motsoali e mocha o phetha mesebetsi eo ’me kapa ntate ea u tsoalang a e phethang ’me u lokela ho mo hlompha.—Liproverbia 1:8;
Baefese 6:1-4.
ˇ
Hangata ha motsoali e mocha a u khalemela, seo se bontsa
hore oa u rata ebile o amehile ka uena. (Liproverbia 13:24)
Yvonne ea lilemo li 18 o re: “Ntate oa ka e mocha oa re khalemela, empa sena ke seo ka tloaelo bo-ntate ba lokelang ho se etsa.
ˇ
Ke nka hore haeba ke hlonama ha a nkhalemela, ke bontsa hore
ha ke ananele tsela eo a ’nileng a re hlokomela ka eona ’meleng le
moeeng ho theosa le lilemo. Seo e tla be e le ho hloka kananelo.”
Leha ho le joalo, u ka ’na ua ba le mabaka a utloahalang a ho
ˇ
¯
belaela. Haeba ho le joalo, bontsa hore u ‘holile’ ka hore u etse seo
Bakolose 3:13 e se khothalletsang: “Tsoelang pele le mamellana
ˇ
le ho tsoarelana ka bolokolohi haeba leha e le mang a e-na le sesosa sa pelaelo khahlanong le e mong.”
Nka etsa’ng ha motsoali oa ka a kena lenyalong hape? 35
ˇ
Ka tlaase mona, ngola tsobotsi e le ’ngoe kapa tse peli tse ntle
tseo motsoali oa hao e mocha a nang le tsona.
ı .................................................................................................
..................................................................................................
ˇ
Ho hopola litsobotsi tse ntle tseo a nang le tsona ho ka u thusa joang hore u mo hlomphe haholoanyane?
..................................................................................................
Bothata ba Bobeli: Ho Ithuta ho Arolelana Lintho le ho
ba ea Tenyetsehang
Aaron ea lilemo li 24 o re: “Ntate o ile a nyala ka makhetlo a
mang a mabeli. Ho ne ho se bonolo hore ke rate litho tsa lelapa ka
leng le lecha. Qalong, ke ne ke nka hore ke batho feela bao ke sa
ba tsebeng, empa ke ile ka bolelloa hore ke tlamehile ho ba rata.
Boemo boo bo ne bo mpherekanya.”
Le uena u ka ’na ua tobana le maemo a thata. Ka mohlala, u ka
’na ua lokela ho tloha boemong ba hao ba ho ba ngoana e moholo
kapa ngoana ea mong feela. Haeba u mora, e ka ’na eaba u qetile
nako e telele u nka hore ke uena ea lokelang ho hlokomela lelapa
—e leng boemo boo joale bo nkiloeng ke ntate e mocha. Kapa u
ka ’na ua ikutloa joaloka Yvonne. O re: “Ntate ea ntsoalang o ne a
`
sa fe ’Me nako, kahoo ke ne ke tloaetse ho qeta nako e ngata ke
`
e-na le eena. Empa ha ’Me a nyaloa hape, ntate e mocha o ne a mo
fa nako e ngata. Ba ne ba qeta nako ba le hammoho, ba buisana
’me ke ne ke utloa eka o nkamoha eena. Leha ho le joalo, qetellong ke ile ka khona ho ikamahanya le boemo boo.”
Joaloka Yvonne, u ka ikamahanya le boemo boo u leng ho
NA U NE U TSEBA . . .
bona joang? Bibele ea eletsa: “Ho
¯
E ka ’na eaba banab’eno
ba le kahlolo e molemo ha lona
ba motsoali e mocha le
ho ke ho tsejoe ke batho bohle.”
bona ba thatafalloa ho
(Bafilipi 4:5) Lentsoe la qalong le
ikamahanya le boemo
fetoletsoeng e le “kahlolo e molelelapeng le lecha.
mo” le ne le bolela “ho tenyetseha”
’me le ne le e-na le moelelo oa ho
?
36 bacha baa botsa
=
“Qetelloˇ ea taba hamorao e molemo
ho feta tsimoloho ea eona. Ea sa feleng
pelo o molemo ho feta ea ikhohomosang
moeeng.”—Moeklesia 7:8.
˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙
se tsitlelle litokelo tsohle tsa molao tseo motho a nang le tsona. U
ka sebelisa keletso ee joang? (1) Qoba ho nahana haholo ka lintho tsa nakong e fetileng. (Moeklesia 7:10) (2) Ikemisetse ho
arolelana lintho le motsoali oa hao e mocha le bana ba hae. (1 Tiˇ
mothea 6:18) (3) U se ke ua ba tsoara joalokaha eka hase karolo
ea lelapa.
Lintlheng tsee tse ka holimo, ke efe eo ho hlokahalang hore u
e ntlafatse haholo? ı ................................................................
ˇ
Bothata ba Boraro: Ho Sebetsana le ho Tsoaroa ka Leeme
Tara o re: “Ntate oa ka e mocha o ne a rata bana ba hae haholo ho feta ’na le ausi oa ka. O ne a ba rekela lijo leha e le life tseo
ba li ratang a bile a ba hirela lifilimi tseo ba batlang ho li shebella. O ne a ba etsetsa ntho leha e le efe e tla ba thabisa.” Ho
ˇ
thata ho mamella tsoaro e joalo. Ke’ng se ka ’nang sa u thusa? Leka ho utloisisa hore na ke
hobane’ng ha motsoali e mocha
KELETSO
ˇ
a ke ke a ikutloa ka tsela e tsoaHo lula le banab’eno ba
nang ka ngoana oa lenyalong le
motsoali e mocha ba
leng, le eo a mo tsoalang. Mohlobong bo fapaneng le ba
mong hase feela hore ke ngoana
hao ho ka ’na ha u bakela
oa hae ea mo tsoetseng empa ke
khatello
ea ho kopanela
ˇ
boitsoarong bo bobe.
hore ba phetse ’moho ka nako e
Kahoo, leka hore u se ke
telele. Etsoe, ho ka etsahala hore
ua nahana ka lintho tse
ebe u ikutloa u atamelane le moka u tsosetsang takatso
tsoali oa hao ea u tsoalang ho feta
ea ho kopanela liphate
motsoali e mocha.
’me u tiise hore tsela eo u
aparang
ka eona kapa u
Leha ho le joalo, ho na le phaˇ
¯ ¯
ˇ
itsoarang ka eona ha e
pang e kholo pakeng tsa ho tsoaˇ
tsosetse ba bang takatso.
roa ka tsela e tsoanang le e seng
ˇ
leeme. Batho ha ba t soane le
Nka etsa’ng ha motsoali oa ka a kena lenyalong hape? 37
‘‘
`
’Me o ile a hlalana le monna oa hae oa
lenyalong la bobeli. Empa le kajeno ke ntse ke
e-na le kamano e haufi le banab’eso ba lenyalo
leo la bobeli. Hore ebe ke phetse le bona, ke e
’ngoe ea lintho tse nthabisang ka ho fetisisa
bophelong.
—Tara
’’
ˇ
litlhoko tsa bona ha li tsoane. Kahoo, ho e-na le ho ameha haholo
ˇ
ˇ
ka hore na motsoali e mocha o u tsoara ka tsela e tsoanang le ba
bang, leka ho bona hore na o loanela ho khotsofatsa litlhoko tsa
hao kapa che.
Ke litlhoko life tsa hao tseo motsoali e mocha a li khotsofatsang?
ı ..................................................................................................
Ke litlhoko life tseo u nkang hore ha a li khotsofatse?
..................................................................................................
seo ke rerang ho se etsa!
Ke tla leka ho hlompha motsoali oa ka e mocha haholoanyane
ka hore ke ikhopotse lintho tse latelang tse molemo tseo a li
etselitseng lelapa (ngola lintho tse peli tse ntle):
ı ..........................................................................................................................
..........................................................................................................................
Haeba banab’eso ka motsoali e mocha ba ntlhokomoloha,
nka sebelisa molao-motheo o ho Baroma 12:21 ka hore ke
etse lintho tse latelang:
..........................................................................................................................
..........................................................................................................................
Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali oa ka kapa
motsoali e mocha tabeng ena ke
..........................................................................................................................
..........................................................................................................................
Ho
ˇ kopanya malapa a mabeli ho
tsoana le ho kopanya metsi le
samente—ho nka nako ebile ho
hloka boiteko, empa qetellong ho
kaˇ hlaha lelapa le matla le le
tsoarellang
Haeba u nka hore ho na le litlhoko tse ling tseo a sa li khotsofatseng, ke hobane’ng ha u sa buisane le
eena ka seo ka tlhompho?
Mamello e Tsoala Katleho!
Ka tloaelo, ho nka lilemo tse ’maloa pele litho tsa lelapa le leˇ
cha li ka tsepana hoo li ka ikutloang li phutholohile. Ke ka tsela eo
ˇ
feela li ka fetolang litloaelo le mekhoa e sa tsoaneng e le hore lelapa le phelisane hammoho ka kutloano. Kahoo e-ba le mamello! U
se ke ua lebella hore le tla ratana hang-hang kapa hore le tla ikutloa le le lelapa ka ho panya ha leihlo.
`
Thomas o ne a sa phutholoha ha ’me oa hae a nyaloa hape.
`
’Me oa hae o ne a e-na le bana ba bane, ’me a nyaloa ke monna ea
nang le ba bararo. Thomas o re: “Re ne re loana, re ngangisana, re
sitisana re bile re utloisana bohloko.” Ke’ng se ileng sa etsa hore
¯
qetellong ba atlehe? O re: “Re ile ra rarolla mathata a rona ka hore
re sebelise melao-motheo ea Bibele.”
U ka etsa’ng haeba banab’eno kaofela
e le bao u tsoetsoeng le bona empa ba u kopanya hlooho?
KHAOLONG E LATELANG
U NAHANA’NG KA SEE?
˘ Ke lintho life tseo motsoali
e mocha kapa bana ba hae
ˇ
ba ka ’nang ba li tsoha ka hore ebe ba tl’o phela le lelapa
leno?
˘ Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho nahana ka kamano eo
lelapa leno le lecha le tlang ho ba le eona ka nako e telele?
Nka etsa’ng ha motsoali oa ka a kena lenyalong hape? 39
6
Nka phelisana
hantle le
banab’eso
joang?
Pakeng tsa ’ngoe le hlano, u ne
u tla khetha nomoro efe ho hlalosa
kamano ea hao le banab’eno,
haeba ’ngoe e bolela hore “ha le
utloane” ’me hlano e bolela hore
“le metsoalle e meholo”? ı ...............
BANA ba motho ba bang ba utloana haholo. Ka mohlala, Felicia ea lilemo li 19 o re, “Ngoan’eso ea lilemo li 16, e leng Irena,
ke e mong oa metsoalle ea ka ea hlooho ea khomo.” Carly ea lilemo li 17, o re ka abuti oa hae, Eric ea lilemo li 20: “Re utloana
haholo. Ha ho mohla re loanang.”
Ka lehlakoreng le leng, ba bangata ba phelisana joaloka
Lauren le Marla. Lauren o re: “Re ngangisana ka ntho e ’ngoe
le e ’ngoe, ho sa tsotellehe hore na ke taba e nyenyane hakae.”
Kapa mohlomong u utloisisa seo Alice ea lilemo li 12 a se buang
40 bacha baa botsa
ka abuti oa hae Dennis ea lilemo li 14, ha a re: “Oa nteˇ
na! O itsohlometsa feela ka
kamoreng ea ka ’me o ‘ikali¯
ma’ lintho tsa ka a sa nkopa.
¯
Dennis ha a batle ho hola!”
Na u na le ngoan’eno ea
u tenang? Ke ’nete hore batsoali ke bona ba nang le
boikarabelo ba ho boloka
taolo ka lapeng. Empa ha
nako e ntse e ea, u tla tlameha ho ithuta ho phelisana hantle le ba bang. U ka ithuta
seo ha u ntse u lula lapeng.
Nahana ka likhohlano tseo
u bileng le tsona le ngoan’eno.
Hangata le tseka eng? Sheba lethaˇ
thamo le ka tlaase mona, ’me u tsoaee nthong e u tenang haholo!
ı O Lintho tsa botho. Ngoan’eso o “ikalima” lintho tsa ka a
¯
sa nkopa.
ˇ
O Ho se tsoane ka maikutlo. Ngoan’eso o etsa lintho ka
boithati, ha a ’nahanele kapa o leka ho laola tsela eo ke
phelang ka eona.
ˇ
ˇ
O Ho ba boinotsing. Ngoan’eso o itsohlometsa feela ka kamoreng ea ka, o bala melaetsa ea ka ea e-mail kapa ea
¯
selefouno a sa nkopa.
O Tse ling ..........................................................................
Nka phelisana hantle le banab’eso joang? 41
lemoha seo e hlileng e leng sesosa
Na u batla ho ntlafatsa tsebo ea hao ea ho lemoha sesosa sa liqabang baneng ba motho? Haeba ho joalo, bala
papiso ea Jesu ea mora ea ileng a tloha lapeng ’me a hafotsa lefa la hae. (Luka 15:11-32) Ela hloko tsela eo mora e
ˇ
moholo a ileng a itsoara ka eona ha moen’ae a khutlela lapeng. Ebe u araba lipotso tse latelang.
ˇ
Ke’ng e entseng hore mora e moholo a itsoare joalo? ı ....
..................................................................................................
U nahana hore sesosa e ne e le eng?
..................................................................................................
Ntate o ile a leka ho rarolla bothata boo joang?
..................................................................................................
Mora e moholo o ne a lokela ho etsa eng e le hore a rarolle
bothata boo?
..................................................................................................
..................................................................................................
Joale nahana ka ntho eo le sa tsoa ngangisana ka eona le
ngoan’eno. Ebe u ngola likarabo tsa lipotso tse ka tlaase
mona.
Le ne le tseka eng?
..................................................................................................
U nahana hore e ka ’na eaba sesosa e ne e le eng?
..................................................................................................
Le ka lumellana ka melao efe ea motheo e tla rarolla
bothata boo ’me le thibele liqabang tse eketsehileng?
..................................................................................................
42 bacha baa botsa
Haeba ngoan’eno a lula a u tena—a rata ho u laela kapa a
ˇ
u hlokisa nako ea boinotsi—ho ka ’na ha e-ba bonolo hore u
mo jare ka pelo. Empa maele a Bibele a re: “Ho pepeta nko ke
hona ho hlahisang mali, ’me ho pepeta bohale ke hona ho hlahisang ho qabana.” (Liproverbia 30:33) Haeba u mo jere ka
pelo, u ka ’na ua qetella u phasolohile ka bohale, feela joalokaha
ho pepeta nko ho tla etsa hore u tsoe mokola. Seo se tla mpefatsa boemo le ho feta. (Liproverbia 26:21) U ka etsa’ng e le
hore u qobe ho pheha khang ka bohale ha ho e-na le ntho e u
khopisitseng? Mohato oa pele ke ho lemoha seo e hlileng e leng
sesosa sa bothata.
Na ke Seo a se Etsang Kapa ho na le Sesosa?
ˇ
Mathata a bana ba motho a tsoana le lihloba. Li ka hlahisa
ˇ
seso se sa rateheng, empa se bakoa ke tsoaetso e letlalong. Ka
ˇ
ho tsoanang, ha bana ba motho ba hohlana, hangata seo e mpa
e le bopaki ba sesosa se ipatileng.
U ka leka ho tlosa sehloba seo ka ho se pepeta. Empa ho
ˇ
etsa joalo e tla be e le ho sebetsana le matsoao feela, ’me u ka
’na ua sala u e-na le lebali kapa ua etsa hore se petle. Tsela e
ˇ
molemo ke ho sebetsana le tsoaetso, e leng se tla thibela lihloˇ
ba tse ling ho ropoha. Hoa tsoana le ka mathata ao u bang le
’ona le banab’eno. Ithute ho lemoha sesosa ’me u tla hlokomoloha seo ba se etsang ebe u sebetsana le motso oa bothata.
Hape u tla sebelisa keletso ea Morena Solomone ea bohlale, ea ileng a re: “Ka sebele temohisiso ea motho e liehisa bohale ba hae.”—Liproverbia 19:11.
Mathata
a bana ba motho a
ˇ
tsoana le lihloba—e le hore u a
rarolle u lokela ho sebetsana le
sesosa
ˇ sa ’ona, eseng u hlasele
matsoao feela
Ka mohlala, Alice ea qotsitsoeng pejana, o ile a re ka abuti
ˇ
oa hae Dennis, “O itsohlometsa feela ka kamoreng ea ka ’me o
¯
‘ikalima’ lintho tsa ka a sa nkopa.” Sena ke seo a se etsang.
Empa u nahana hore sesosa ke eng? Mohlomong se amana le
tlhompho. Alice a ka sebetsana le bothata bona ka ho bolella
Dennis hore a se ke a hlola a kena ka kamoreng ea hae kapa
hona ho sebelisa lintho tsa hae. Empa ho etsa seo ke ho sebeˇ
tsana le matsoao feela ’me ho ka ’na ha baka liqabang tse eketsehileng. Leha ho le joalo, haeba Alice a ne a ka kholisa Dennis
ˇ
hore a hlomphe nako ea hae ea ho ba boinotsing le hore a hlomphe lintho tsa hae, ha ho pelaelo hore kamano ea bona e ne
e tla ntlafala.
Ithute ho Rarolla Liqabang Kapa ho li Qoba
Ke ’nete hore ho hlokomela sesosa sa mathata ao u nang
le ’ona le ngoan’eno ke karolo feela ea tharollo. U ka etsa’ng ho
rarolla bothata e le hore le qobe khohlano nakong e tlang?
ˇ
Leka ho latela mehato ena e tseletseng.
1. Lumellanang ka melao e itseng ea motheo. Sheba
seo u itseng lea se tseka le ngoan’eno. Lekang ho etsa melao eo le lumellanang ka eona e tla rarolla sesosa sa bothata. Ka mohlala, haeba le loanela lintho tsa botho, Molao oa
Pele e ka ba o reng: “Kamehla u
¯
kope pele u nka ntho ea motho
NA U NE U TSEBA . . .
e mong.” Molao oa Bobeli e ka
Ha u tloha lapeng, ka
ba o reng: “Hlompha tokelo ea
linako tse ling u tla phela
ngoan’eno ea hore a ka re ‘Che,
le batho ba u tenang
—basebetsi-’moho le
ha ke batle ha u e sebelisa.’ ” Ha
batho ba bang ba se
le etsa melao ena le nahane ka
nang mekhoa e metle,
taelo ea Jesu, e reng: “Ka hona,
ba sa nahaneleng le
lintho tsohle tseo le batlang hore
baithati. Lapeng ke hona
¯
moo u ka ithutang ho
batho ba le etse tsona, le lona ka
ˇ
sebetsana ka khotso le
ho tsoanang le ba etse tsona.”
liteko tse joalo.
(Matheu 7:12) Ka tsela eo le tla
etsa melao eo ka bobeli le ka e
?
44 bacha baa botsa
=
¯
“Ho ba le kahlolo e molemo ha lona
ho ke ho tsejoe ke batho bohle.”
—Bafilipi 4:5.
˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙
¯
latelang. Le ntan’o buisana le batsoali ba lona ho tiisa hore ba
amohela seo le lumellaneng ka sona.—Baefese 6:1.
2. Le uena latela melao. Moapostola Pauluse o ile a ngola, a re: “Leha ho le joalo, na uena ea rutang e mong, ha u ithute? Uena ea bolelang hore ‘U se ke ua utsoa,’ na ua utsoa?”
(Baroma 2:21) U ka sebelisa molao-motheo oo joang? Ka mohlala, haeba u batla hore ngoan’eno a hlomphe nako ea hao ea
ˇ
ho ba boinotsing, joale le uena u lokela ho kokota pele u kena
¯
ka kamoreng ea hae kapa u mo kope pele u bala melaetsa ea
hae ea e-mail kapa ea selefouno.
3. U se ke ua khopeha le feela. Ke hobane’ng ha keletso
ee e le molemo? Hobane joalokaha maele a Bibele a bolela, “ke
lithoto feela tse halefang kapele le ho koetla sekhopi.” (Moeklesia 7:9, Contemporary English Version) Haeba u koata le
feela, u tla sulafalloa ke bophelo. Ke ’nete hore banab’eno ba
tla etsa kapa ba bue lintho tse tla u koatisa. Empa ipotse, ‘Na
ˇ
le ’na ke ba entse se tsoanang nakong e fetileng?’ (Matheu 7:
1-5) Jenny o re: “Ha ke le lilemo li 13, ke ne ke nahana hore
ke bohlale ho feta batho bohle
le hore seo ke se nahanang ke
KELETSO
sa bohlokoa ka ho fetisisa ’me
Haeba u e-na le
batho ba tlamehile ho se utloa.
ˇ
ngoan’eno eo u
Moen’a ka o boemong bo tsoathatafalloang ho
nang. Kahoo ke leka hore ke se
phelisana le eena, e-ba le
ke ka koatisoa ke lintho tseo a li
pono e nepahetseng ka
boemo boo—o
buang.”
ˇ u thusa ho
ˇ
hlaolela litsobotsi tsa
4. Mo tsoarele ’me u mo lebohlokoa bophelong!
ˇ
balle. Le lokela ho tsohla mathata a tebileng le ho a rarolla.
Nka phelisana hantle le banab’eso joang? 45
‘‘
Ha e ne e se ka banab’eso,
lintho tsohle tse thabisang tseo ke li
hopolang e ne e tla ba lefeela. Ho ba
nang le banab’abo bona, ke re, ‘Ba
ananeleng!’
—Marilyn
’’
Empa na u lokela ho lulisa ngoan’eno majoana nako le nako ha
a etsa phoso? Jehova Molimo oa thaba ha u ithaopela “ho hlo¯
komoloha tlolo.” (Liproverbia 19:11) Alison ea lilemo li 19, o
re: “ ’Na le moen’a ka, Rachel, re khona ho rarolla mathata a
¯
¯
ˇ
rona. Ka bobeli re phakisa ho kopa tsoarelo ebe re buisana ka
seo re nahanang hore se bakile qabang eo. Ka linako tse ling
ke iphapanyetsa taba ebe kea robala. Hangata ka le hlahlamang ke tsoha ke e lebetse ebe ha ho sa hlokahala le hore ke
bue ka eona.”
¯
5. Kopang batsoali hore ba le kopanye. Haeba uena le
ngoan’eno le sa khone ho rarolla bothata bo tebileng, batsoali
seo ke rerang ho se etsa!
Melao e meng ea motheo eo nka lumellanang ka eona le
ngoan’eso kapa banab’eso ke
ı ..........................................................................................................................
..........................................................................................................................
Nka qoba ho khopisa ngoan’eso kapa banab’eso haeba ke
..........................................................................................................................
..........................................................................................................................
Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba
ka tabeng ena ke
..........................................................................................................................
..........................................................................................................................
¯
ba ka le thusa hore le bope khotso. (Baroma 14:19) Leha ho le
joalo, hopolang hore ho khona ho rarolla liqabang le sa kenye
ˇ
¯
batsoali ho bontsa hore le holile e le kannete.
ˇ
6. Ananela litsobotsi tse ntle tsa banab’eno. Mohlomong
ˇ
banab’eno ba na le litsobotsi tseo u li ratang. Ngola ntho e le
’ngoe eo u e ratang ka e mong le e mong oa bona.
Lebitso
Seo ke se ratang
ı ......................................
......................................................
.......................................
......................................................
.......................................
......................................................
.......................................
......................................................
Ho e-na le ho tsepamisa maikutlo liphosong tseo banab’eno ba li etsang, ke hobane’ng ha u sa iphe nako ea ho ba bolella hore na ke’ng eo u e ratang ka bona?—Pesaleme ea 130:3;
Liproverbia 15:23.
Bibele ea lumela hore hase kamehla bana ba motho e
ka bang metsoalle ea hlooho ea khomo. (Liproverbia 18:24)
Empa u ka matlafatsa maqhama a botsoalle le banab’eno haeba u ‘tsoela pele ho ba mamella,’ esita le ha ba u fa “sesosa sa
pelaelo.” (Bakolose 3:13) Ha u etsa joalo, banab’eno ba ka ’na
ba se ke ba u tena hakaalo. Le uena u ka ’na ua se ke ua ba
tena hakaalo!
U ka tseba joang haeba ka sebele u se
u loketse ho tloha lapeng?
KHAOLONG E LATELANG
U NAHANA’NG KA SEE?
˘ Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho lemoha phapang
pakeng tsa seo motho a se etsang le sesosa sa ketso eo?
˘ Ke melemo efe eo u e hlokomelang ka hore ebe u na le
banab’eno?
Nka phelisana hantle le banab’eso joang? 47
MOHLALA O MOTLE OA
Jakobo
Ho ne ho fetile lilemo Jakobo le mor’abo Esau ba sa buisane.
Ha e le hantle, Esau o ne a hloile Jakobo. Le hoja Jakobo a ne a sa
etsa letho le phoso, ke eena ea ileng a ithaopela ho rarolla bothata
bo neng bo le teng pakeng tsa bona. O ile a ithapalatsa. Sepheo sa
¯
hae e ne e se hore a hlole khang empa e ne e le ho etsa hore mor’abo a mo rate. Jakobo ha aa ka a lahla melao-motheo eo a neng
a phela ka eona, empa le teng ha aa ka a tsitlella hore mor’abo a
¯
ˇ
¯
kope tsoarelo pele ba bopa khotso.—Genese 25:27-34; 27:3041; 32:3-22; 33:1-9.
U etsa’ng ho rarolla liqabang le ba lelapa leno? Ka linako tse
ling, u ka ’na ua nka hore ho hlakile hore ke uena ea nepileng, ha
ngoan’eno kapa motsoali oa hao a fositse. Boemong bo joalo, na
u emela hore motho e mong e be eena ea buisanang le uena
pele? Kapa na u ka etsisa Jakobo? Haeba ho se letho le khahlanong le melao-motheo ea Bibele, na u tla ikemisetsa ho ithapala¯
tsa e le hore le bope khotso? (1 Petrose 3:8, 9) Jakobo ha aa ka a
lumella boikhohomoso hore bo arole lelapa labo. O ile a ikokobe¯
ˇ
tsa ’me a bopa khotso le mor’abo. Na u tla etsa se tsoanang ho ba
lelapa leno?
7
Na ke se ke
loketse ho tloha
lapeng?
“Ka
ˇ linako tse ling, ke nka hore batho ba nkhella
fatse, kaha ke lilemo li 19 empa
ke ntse ke lula
¯
lapeng, ba bona eka ha ke hole.”—Katie.
“Ke habile lilemo tse 20, ’me ke hloile taba ea hore
ha ke khone ho iketsetsa seo ke se ratang. Ke ’nile ka
nahana hore ke tlohe lapeng.”—Fiona.
NAKO e telele pele u lokela ho tloha lapeng, u ka ’na ua qala ho
ba le takatso ea ho ba le bolokolohi. Ke ntho ea tlhaho hore u
ikutloe ka tsela eo. Etsoe joalokaha ho hlalositsoe Khaolong
¯
ea 3, morero oa Molimo oa qalong e ne e le hore bacha ba hole
’me qetellong ba siee batsoali ba bona e le hore ba thehe malapa a bona. (Genese 2:23, 24; Mareka 10:7, 8) Empa u ka tseba
joang ha u se u hlile u loketse ho tloha lapeng? Ak’u nahane
ka lipotso tse tharo tsa bohlokoa tseo u lokelang ho li araba. Ea
pele e re . . .
Na ke se ke loketse ho tloha lapeng? 49
Sepheo sa ka ke Sefe?
ˇ
Sheba lethathamo le latelang. Tsoaea mabaka ao u batlang
ho tloha lapeng ka ’ona, u qale ka a bohlokoa.
ı ...... Ho baleha mathata a lapeng
...... Ho fumana bolokolohi bo eketsehileng
...... Ho batla hore metsoalle e ntlhomphe
...... Ho thusa motsoalle ea hlokang motho ea lulang le eena
...... Ho ithaopela ho ea thusa sebakeng se seng
...... Ho ba le phihlelo
...... Ho fokoletsa batsoali moroalo oa lichelete
...... Mabaka a mang .....................................
Hase hore mabaka a boletsoeng ka holimo a fosahetse.
Taba ke hore na sepheo sa hao ke sefe. Ka mohlala, haeba u
tloha lapeng hobane feela u baleha meeli e itseng eo u e behetsoeng, u ka ’na ua makala!
Danielle ea ileng a tloha lapeng ha a le lilemo li 20, o ile a
ithuta ho hongata ho se mo etsahaletseng. O re: “Kaofela ha
¯
rona re lokela ho phela ka har’a meeli e itseng. Ha u lula u le
mong, mosebetsi kapa maemo a hao a lichelete a tla khina seo
ˇ
u ka se etsang.” Carmen ea ileng a qeta likhoeli tse tseletseng a
le naheng e ’ngoe, o re: “Ke ile ka thabela phihlelo eo, empa hangata ke ne ke se na nako ea ho iketla! Ke ne ke tlameha ho
etsa mesebetsi ea lapeng—ke hloekisa ntlo, ke lokisa lintho, ke
fothola lehola, ke hlatsoa, ke koropa le ho etsa lintho tse ling tse
joalo.”
U se ke ua lumella ba bang hore ba u susumelletse ho etsa
qeto ka lepotlapotla. (Liproverbia 29:20) Esita le haeba u e-na
le mabaka a utloahalang a ho tloha lapeng, ha ho hlokahale feela hore u be le sepheo se setle. U lokela hore u tsebe ho itlhokomela—e leng se re lebisang poNA U NE U TSEBA . . .
tsong ea bobeli . . .
?
Sepheo seo u tlohang
lapeng ka sona se ka ama
hore na u tla thaba hakae
ha u se u lula u le mong.
50 bacha baa botsa
Na ke se ke Itokisitse?
ˇ
Ho tloha lapeng ho tsoana le
ho hahlaula naha-thote. Na u ne
u ka ea naha-thote feela empa u
=
“Monna o tla siea ntat’ae le ’m’ae.”
—Matheu 19:5.
˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙
sa tsebe ho hloma tente, ho besa mollo, ho pheha kapa hona ho
bala ’mapa? Che! Empa bacha ba bangata ba tloha malapeng ba
se na tsebo e hlokahalang, e le hore ba itlhokomele ha ba se ba
lula ba le bang.
Morena Solomone ea bohlale o ile a re “ea masene o nahana ka mehato ea hae.” (Liproverbia 14:15) Ho u thusa ho itlhahloba hore na u se u itokiselitse ho lula u le mong, nahana ka liˇ
hloohoana tse latelang. Tsoaea pel’a lintho tseo u seng u
ntse u li tseba le pel’a tseo u lokelang ho li ntlafatsa.
O Ho sebelisa chelete: Serena ea lilemo li 19 o re: “Ha ho
ˇ
mohla nkileng ka lefella ntho leha e le efe. Ke tsaba ho tloha laˇ
peng le ho tlameha ho etsa moralo oa tsebeliso ea chelete.” U
ka ithuta ho sebelisa chelete joang?
Maele a Bibele a re: “Motho ea bohlale o tla mamela ’me a
amohele taeo e eketsehileng.” (Liproverbia 1:5) Kahoo, ke hobane’ng ha u sa botse batsoali ba hao hore na ka khoeli, e ka ba
bokae ho lefella rente kapa sekoloto sa ntlo, ho reka lijo, ho leˇ
¯
fella litsenyehelo tsa koloi kapa lipalangoang? Ebe u kopa baˇ
ˇ
tsoali ba hao hore ba u bontse ho etsa moralo oa tsebeliso ea
chelete le tsela ea ho lefella likoloto.1
O Ho tseba mesebetsi ea lapeng: Brian ea lilemo li 17 o re ntho
ˇ
eo a e tsabang ka ho fetisisa ka ho
1 Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, sheba Khaolo ea 19, Bukeng ea 2.
ˇ
Ho tloha lapeng ho tsoana le
ho hahlaula naha-thote—u lokela
hore u tsebe ho itlhokomela pele u
qala leeto
Na ke se ke loketse ho tloha lapeng? 51
‘‘
Ke ntho ea tlhaho hore motho a batle ho ba
le bolokolohi. Empa haeba sepheo sa hao sa ho
tloha lapeng ke feela hore u balehe melao, seo
ˇ
se bontsa hore ha u e-s’o lokele ho lula u le
mong.
—Aron
’’
tloha lapeng ke hore o tla tlameha ho itlhatsoetsa. U ka tseba
joang hore u se u loketse ho itlhokomela? Aron ea lilemo li 20,
o fana ka tlhahiso ena: “Leka ho qeta beke u phela joalokaha
eka u lula u le mong. Ja feela lijo tseo u itokiselitseng tsona,
tseo u itheketseng tsona le hona e le ka chelete ea hao. Apara
liaparo tseo u itlhatsoelitseng tsona le tseo u ikaenetseng tsona. Hloekisa ka tlung. ’Me u leke ho ikisa hohle moo u eang
teng, u sa latoe kapa hona ho isoa.” Ho latela tlhahiso ena ho
tla u etsetsa lintho tse peli: U tla (1) fumana tsebo ea bohlokoa
’me (2) u ananele le ho feta mosebetsi oo batsoali ba hao ba o
etsang.
O Ho phelisana hantle le batho: Na u phelisana hantle le
batsoali ba hao le banab’eno? Haeba ha ho joalo, u ka ’na ua nahana hore ho tla ba bonolo ha u se u lula le motsoalle. Empa nahana ka seo Eve ea lilemo li 18 a se buileng, o re: “Metsoalle
ea ka e ’meli e ne e lula hammoho. E ne e le metsoalle ea
hlooho ea khomo pele e lula haKELETSO
mmoho, empa e ne e sa khone
ho phelisana hantle. E mong o
Qeta likhoeli tse itseng
ne a le makhethe, e mong a le bou fa batsoali ba hao
hlasoa. E mong o ne a nka kamachelete
ea
lijo,
bolulo
le
ˇ
litsenyehelo tse ling.
no ea hae le Molimo ka ho teba, e
Haeba u sa khone kapa u
mong eena a sa e nke ka ho teba.
sa ˇ batle ho lefella
Ba ne ba sitoa ho lula hammolitsenyehelo tsa ha u ntse
ho!”
u le lapeng, u tla be u sa
itokisetsa hantle ho lula u
Tharollo ke efe? Erin ea lilele mong.
mo li 18, o re: “U ka ithuta ho hongata tabeng ea ho phelisana ha-
52 bacha baa botsa
ntle le batho ha u ntse u lula lapeng. U ithuta ho rarolla mathata
le ho tenyetseha. Ke hlokometse hore bacha ba tlohang malapeng hobane ba qoba ho ngangisana le batsoali ba bona ha ba
ithute ho lokisa likhohlano, empa baa li baleha.”
O Ho ba le kemiso ea lintho tsa moea: Bacha ba bang ba
tloha malapeng ka sepheo se hlakileng sa ho baleha kemiso ea
bolumeli ea batsoali ba bona. Ba bang ba tloha ba ikemiselitse
ho tsoela pele ka kemiso e tsitsitseng ea ho ithuta Bibele le ea
borapeli, empa ka mor’a nakoana ba qala mekhoa e mebe. U ka
qoba joang ho “senyeheloa ke tumelo joaloka sekepe se soahlamaneng”?1—1 Timothea 1:19.
¯
Jehova Molimo o batla hore kaofela ha rona re kholisehe ka
seo re se lumelang. (Baroma 12:1, 2) E-ba le kemiso e tsitsitseng ea ho ithuta Bibele le ea borapeli ’me u e khomarele. Re
u khothalletsa hore u ngole kemiso ea lintho tsa moea k’halendareng ’me u leke ho qeta khoeli u e khomaretse, batsoali ba
hao ba sa u hopotse.
Qetellong, potso ea boraro eo u lokelang ho nahana ka
eona ke e reng . . .
Ke Leba Hokae?
Na u batla ho tloha lapeng e le hore u balehe mathata?
Kapa u batla ho tsoa tlas’a taolo ea batsoali? Haeba ho joalo, u
1 Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, sheba Khaolo ea 34 le ea 35, Bukeng
ea 2.
seo ke rerang ho se etsa!
Seo nka ratang ho se finyella ha ke tloha
lapeng ke
ı .................................................................................................................................
Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka
tabeng ena ke
.................................................................................................................................
.................................................................................................................................
amehile ka hore na u siea’ng, eseng ka hore na u ea hokae. Ho
ˇ
etsa joalo ho tsoana le ho leka ho khanna koloi u shebile ka
seiponeng—u amehile ka lintho tse ka morao hoo u sa boneng tse ka pele. U ithuta’ng ho see? U se ke ua nahana feela
ka ho tloha lapeng—tsepamisa maikutlo pakaneng ea bohlokoa.
Bacha ba bang ba Lipaki Tsa Jehova ba falletse libakeng tse
ling linaheng tsa habo bona kapa linaheng tse ling e le hore ba
etse mosebetsi oa boboleli moo. Ba bang ba falla ho ea thusa ho
haha libaka tsa borapeli kapa ho ea sebetsa ofising ea lekala ea
Lipaki Tsa Jehova. Empa ba bang ba nka hore ba lokela ho qeta
nako e itseng ba lula ba le bang pele ba kena lenyalong.1
Ho sa tsotellehe hore na sepheo sa hao ke sefe, nahana lintho ka hloko. Maele a Bibele a re: “Ka sebele merero ea ea
khothetseng e tlisa molemo, empa ka sebele e mong le e mong
ea lepotlapotla o leba bohloking.” (Liproverbia 21:5) Mamela
keletso ea batsoali ba hao. (Liproverbia 23:22) Rapella taba
ena. ’Me ha u etsa qeto, nahana ka melao-motheo ea Bibele eo
ˇ
re sa tsoa e tsohla.
Potso ea bohlokoa hase hore, Na ke se ke loketse ho tloha
lapeng? empa ke hore, Na ke se ke loketse ho lula ke le mong?
Haeba u arabela ka e, potsong eo ea ho qetela, joale e ka ’na
eaba u se u loketse ho lula u le mong.
1 Meetlong e meng, ho tloaelehile hore ngoana, haholo-holo oa ngoanana, a lule
lapeng ho fihlela a nyaloa. Bibele ha e fane ka keletso e tobileng tabeng ena.
U NAHANA’NG KA SEE?
˘ Esita le haeba bophelo bo nyolosetsa lapeng, ho lula
teng ka nakoana ho ka u tsoela molemo joang?
˘ Ha u ntse u le lapeng, u ka etsa’ng e tla tsoela ba
lelapa leno molemo le ho u thusa hore u itokisetse ho
lula u le mong?
54 bacha baa botsa
1
HO SEBELISANA LE LITHO TSA LELAPA
lintlha tsa botho
Hlalosa bothata boo u bileng le bona haufinyane tjena le e
mong ka lapeng.
ı
U sebelisa litlhahiso tseo u li balileng karolong ena,
ngola hore na u ka ’na ua rarolla bothata boo joang.
55
2
SEO U LENG SONA
57
64
71
77
85
91
98
105
111
Metsoalle
Liteko
Bophelo bo Botle
Liaparo
ˇ
Ho Itsepa
Ho Hlonama
Ho Ipolaea
ˇ
Ho ba Boinotsing
Ho Sareloa
8
Nka etsa’ng hore ke be le
metsoalle e molemo?
ˇ
“Ha ke koatile, ke hloka motho eo nka ntsetsang
maikutlo ho eena. Ha ke hloname, ke batla motho ea
tla mpolella hore lintho li tla loka. Ha ke thabile, ke
batla motho ea tla thaba le ’na. Ke nka hore ho ba le
metsoalle ke habohlokoa.”—Brittany.
HO ’NILE ha thoe bana ba hloka bana bao ba ka bapalang le
bona, athe bacha bona ba hloka metsoalle. Phapang ke efe?
Motho eo u bapalang le eena ke ea u tlosang bolutu feela.
Motsoalle ke motho eo le phelang ka melao-motheo e
ˇ
tsoanang.
Nka etsa’ng hore ke be le metsoalle e molemo? 57
Ho feta moo, Bibele e re “motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle, ’me ke mor’abo motho ea tsoaletsoeng ha ho e-na le
mahlomola.” (Liproverbia 17:17) Mohlomong mantsoe ao a hlalosa botsoalle bo tebileng ho feta boo u neng u bo fumana papaling ha u sa le ngoana!
¯
Ntlha: Ha u ntse u hola, u hloka metsoalle
ˇ
1. E nang le litsobotsi tse ntle
2. E phelang ka melao-motheo e hlomphehang
3. E u susumetsang hore u etse lintho tse ntle
Potso: U ka fumana metsoalle e joalo joang? A re hlahlobe
lintlha tsena ka bonngoe.
Ntlha ea Pele e Amehang Botsoalleng
ˇ
Litsobotsi Tse Ntle
Seo u lokelang ho se tseba. Hase motho e mong le e mong
ea ipitsang motsoalle eo e leng motsoalle oa sebele. Bibele e bile
e re “ho na le metsoalle e ratang ho tsekollana.” (Liproverbia 18:
24) Seo se ka ’na sa utloahala eka ke ho feteletsa taba. Empa
ak’u nahane ka sena: Na u kile ua ba le “motsoalle” ea neng a
ichebetse melemo e itseng feela ho uena? Kapa na u kile ua ba
le “motsoalle” ea neng a u seba kapa a jala mashano ka uena?
ˇ
Ho feta boemong bo joalo ho ka etsa hore u se ke ua hlola u tsepa metsoalle.1 Ha ho tluoa tabeng ea metsoalle, hopola hore
habohlokoa ke ho ba le metsoalle e seng mekae e molemo ho
e-na le ho ba le metsoalle e mengata e se nang thuso!
ˇ
Seo u ka se etsang. Khetha metsoalle e nang le litsobotsi tse ntle tseo u ka ratang ho li
etsisa.
NA U NE U TSEBA . . .
“Batho bohle ba bua hantle
Molimo ha a leeme,
ka motsoalle oa ka, Fiona. Le ’na
empa oa khetha hore na
ke batla hore batho ba mpue hake mang eo a tla mo
?
amohela e le ‘moeti
tenteng ea hae.’
—Pesaleme ea 15:1-5.
58 bacha baa botsa
1 Ke ’nete hore batho bohle ba etsa liphoso. (Baroma 3:23) Kahoo ha motsoalle a u
utloisa bohloko empa ka mor’a moo a ikoahlaela seo ka tieo, hopola hore “lerato le koahela libe tse ngata haholo.”—1 Petrose 4:8.
=
“Ho na le motsoalle ea khomarelang haufi
ho feta mor’abo motho.”—Liproverbia 18:24.
˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙
ntle joalo. Ke batla ho ba le botumo bo kang ba hae. Ke nka seo
e le se babatsehang.”—Yvette ea lilemo li 17.
Leka sena.
1. Bala Bagalata 5:22, 23.
ˇ
2. Ipotse, ‘Na metsoalle ea ka e bonahatsa litsobotsi tse akarelletsoang “tholoaneng ea moea”?’
3. Ka tlaase mona, thathamisa mabitso a metsoalle ea hao e
ˇ
haufi-ufi. Pel’a lebitso ka leng, ngola tsobotsi e hlalosang hantle
seo a leng sona.
ˇ
Tsobotsi
Lebitso
ı ................................................
..............................................
................................................
..............................................
................................................
..............................................
ˇ
Tlhahiso: Haeba u hopola litsobotsi tse mpe feela ka motho
eo, e ka ’na eaba ke nako ea hore u batle metsoalle e meng e
molemo!
KELETSO
Ntlha ea Bobeli e
Ha u phela ka melaoAmehang Botsoalleng
motheo e lokileng, ba
Melao-motheo e Hlomphehang
bang ba lekang ho phela
Seo u lokelang ho se tseba.
ka eona ba ka ’na ba fetoHaeba u batla metsoalle ka maha metsoalle ea hao. E tla
ˇ
hlo a matso, ho ka ’na ha etsaba metsoalle e molemo
ka ho fetisisa!
hala hore u qetelle u tloaelane
le batho ba fosahetseng. Bibele
ˇ
e re: “Ea bang le litsebelisano le
ba hlokang kelello lintho li tla mo
tsamaela hampe.” (Liproverbia 13:20) Poleloana e reng “ba hlokang kelello” ha e bolele batho ba bothoto. Ho e-na le hoo, e
Nka etsa’ng hore ke be le metsoalle e molemo? 59
‘‘
Ha batsoali ba ka ba ne ba ntlohelisa ho
tsamaea le metsoalle e itseng, ke ne ke
nahana hore bao ke bona feela batho bao ke
batlang ho tloaelana le bona. Empa keletso ea
batsoali ba ka e ne e le molemo, ’me hang ha
ke buleha mahlo, ke ile ka hlokomela hore ho
na le metsoalle e mengata e molemo eo nka e
fumanang.
—Cole
’’
ˇ
hlalosa ba sa lateleng melao e utloahalang ea boitsoaro, ebe ba
etsa lintho tse se nang kelello. Ena ke metsoalle eo u sa e hlokeng!
Seo u ka se etsang. Ho e-na le hore u tloaelane le motho
leha e le ofe eo u kopanang le eena, khetha metsoalle. (Pesaleme ea 26:4) Seo ha se bolele hore u khetholle batho ba bang.
Tabeng ena, ho khetha ho bolela hore u hlokolosi hoo u ‘bonang
phapang pakeng tsa ea lokileng le ea khopo, pakeng tsa ea
sebeletsang Molimo le ea sa kang a mo sebeletsa.’—Malakia
3:18.
“Ke leboha hore ebe batsoali ba ka ba nthusitse hore ke fumane metsoalle—eo e leng lithaka tsa ka, e hatelang pele hantle moeeng.”—Christopher ea lilemo li 13.
Araba lipotso tse latelang:
Ha ke e-na le metsoalle ea ka, na ke lula ke ı
ˇ
tsohile hore e ka ’na ea leka ho nqobella ho O E
etsa seo ke tsebang hore se fosahetse? O Che
Na ke leqe ho tsebisa batsoali ba ka
ˇ
metsoalle ea ka hobane ke tsaba hore ba O E
ka ’na ba se ke ba e rata? O Che
Tlhahiso: Haeba u arabile ka e, lipotsong tse ka holimo,
batla metsoalle e meng e phelang ka melao-motheo e lokileng—e behang mohlala o motle oa bophelo ba Bokreste.
60 bacha baa botsa
BALA
BALA HO
HO EKETSEHILENG
EKETSEHILENG KA
KA TABA
TABA ENA
ENA
BUKENG
BUKENG EA
EA 2,
2, KHAOLONG
KHAOLONG EA
EA 99
leka litlhahiso tsena
Buisana le batsoali ba hao ka taba ea metsoalle. Ba
botse hore na ba ne ba e-na le metsoalle e joang ha ba le lilemong tsa hao. Na baa ikoahlaea ka metsoalle eo ba ileng ba e
khetha? Haeba baa ikoahlaea, lebaka ke lefe? Ba botse hore
na u ka etsa’ng ho qoba a mang a mathata ao ba fetileng ho
’ona.
Tsebisa batsoali ba hao metsoalle ea hao. Haeba u leqe
ho ba tsebisa eona, ipotse, ‘Ke hobane’ng ha ke sa batle hore
ba e tsebe?’ Na ho na le ntho e ’ngoe eo metsoalle ea hao e e
etsang eo u tsebang hore batsoali ba hao ha ba na ho e rata?
Haeba ho joalo, ho ka ’na ha hlokahala hore u be seli haholoanyane ha u khetha metsoalle.
ˇ
E-ba momameli ea molemo. Bontsa hore u thahasella
boiketlo ba metsoalle ea hao le lintho tseo e amehileng ka tsona.—Bafilipi 2:4.
ˇ
E-ba ea tsoarelang. U se ke ua lebella phetheho. “Kaofela
re khoptjoa hangata.”—Jakobo 3:2.
E fe sebaka. Ha ho hlokahale hore u lule u e maname.
Metsoalle ea sebele e tla u thusa ha ho hlokahala.—Moeklesia
4:9, 10.
Ntlha ea Boraro e Amehang Botsoalleng
E U Susumetsa Hore U Etse Lintho Tse Ntle
Seo u lokelang ho se tseba. Bibele e re: “Litloaelano tse mpe
li senya mekhoa e metle.” (1 Bakorinthe 15:33) Mocha e mong ea
bitsoang Lauren o re: “Bana bao ke neng ke kena sekolo le bona
ba ne ba nkamohela hafeela ke etsa seo ba reng ke se etse. Ke ne
ke jeoa ke bolutu, kahoo ke ile ka etsa qeto ea ho ba etsisa e le hore
ˇ
feela ke mpe ke tsoane le bona.” Lauren o hlokometse hore ha u
latela mekhoa ea ba bang, u ba popoiki ea bona, ba u isa hohle moo
ˇ
ba ratang. Eo hase tsela eo u lokelang ho tsoaroa ka eona!
Nka etsa’ng hore ke be le metsoalle e molemo? 61
Seo u ka se etsang. Khaola maqhama le batho ba u qobellang hore u fetole tsela eo u phelang ka eona e le hore u phele
joaloka bona. Haeba u etsa joalo, u ka ’na ua ba le metsoalle e
’maloa; empa u tla ikutloa u le motlotlo ’me seo se tla u bulela monyetla oa hore u thehe maqhama le metsoalle e molemo—e tla u susumelletsa ho etsa lintho tse ntle.—Baroma
12:2.
“Motsoalle oa ka oa hlooho ea khomo, Clint, ke motho ea
hlaphohetsoeng kelellong, ea nang le kutloelo-bohloko, kahoo o
’nile a nkhothatsa haholo.”—Jason ea lilemo li 21.
Ipotse lipotso tse latelang:
Na ke fetola tsela eo ke aparang ka eona, ke
ı
buang ka eona kapa ke etsa lintho tse tsoileng O E
tseleng e le hore ke khahlise metsoalle? O Che
Na ke iphumana ke ea libakeng tseo ho
etsoang lintho tse tsoileng tseleng,
tseo ke neng nke ke ka ea ho tsona hoja e O E
se ka metsoalle ea ka? O Che
seo ke rerang ho se etsa!
E le hore ke fumane metsoalle e molemo, ke tla
ı ..........................................................................................................................
..........................................................................................................................
Ba bang ba batho ba baholo bao nka ratang ho tloaelana le
bona haholoanyane ke
..........................................................................................................................
..........................................................................................................................
Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba
ka tabeng ena ke
..........................................................................................................................
..........................................................................................................................
Ha u latela mekhoa ea ba
bang, u ba popoiki ea bona,
ba u isa hohle moo ba
ratang, joaloka “pawn”
papaling ea “chess”
Tlhahiso: Haeba u arabile ka e, lipotsong tse ka holimo,
¯
¯
kopa batsoali ba hao kapa motho e mong ea holileng hore a u
thuse. Haeba u Paki ea Jehova, u ka boetse ua buisana le mo¯
holo oa Mokreste, ua mo kopa hore a u thuse ho khetha metsoalle e tla u susumelletsa ho etsa se nepahetseng.
Na motho ea ikentseng eka ke
motsoalle oa hao o u hatella hore u etse lintho tse mpe, kapa
mohlomong u hatelloa ke pelo ea hao? Bala kamoo u ka
hanelang seo kateng!
KHAOLONG E LATELANG
U NAHANA’NG KA SEE?
ˇ
˘ Ke litsobotsi life tseo u nkang hore ke tsa bohlokoa
hore motsoalle a be le tsona, hona hobane’ng?
ˇ
˘ Ke litsobotsi life tseo u lokelang ho ntlafatsa ho tsona
hore u be motsoalle ea molemo?
Nka etsa’ng hore ke be le metsoalle e molemo? 63
9
Nka hanela
liteko joang?
Karen ha a e-s’o qete le metsotso e leshome a le phathing,
empa o bona bashanyana ba babeli ba kena ˇba nkile mekotla
e ’maloa e meholo. Ho hlakile hore na ho tsetsoe eng ka
mekotleng eo. Pejana, o ne a utloile bashanyana bao ba re
ho tl’o ba le “joala bo bongata” phathing eo.
ˇ
Ka tsohanyetso, Karen o utloa lentsoe la motho eo a mo
tsebang, a re: “U emetse’ng moo uena ea ratang ho senyetsa
batho monate?”ˇ Karen oa reteleha ’me o bona motsoalle oa
hae Jessica a tsoere libotlolo tse peli tsa biri tse qetang ho
buloa. Jessica o fa Karen e ’ngoe ’me o re, “U se ke be ua
mpolella hore u sa le monyenyane haholo hore u ka ithabisa
ho se hokae!”
ˇ
Karen o batla ho hana. Empa tsusumetso ea hore a inehele
e matla ho feta kamoo a neng a nahanne kateng. Taba ke
hore Jessica ke motsoalle oa hae, ’me Karen ha a batle hore
Jessica a nahane hore o senyetsa batho monate, joalokaha a
boletse.
Ntle ho moo, Jessica ke e mong oa banana ba
ˇ
itsoereng hantle. Haeba oa noa, joale bothata bo hokae
hona moo? Karen o re ka pelong, ‘Ntho ena ke biri feela.
Hase hore ke tla be ke sebelisa lithethefatsi kapa hona ho
kopanela liphate.’
HA U sa le mocha, liteko li tla ka litsela tse ngata. Hangata li
amana le banana kapa bashanyana. Ramon ea lilemo li 17, o
re: “Banana bao ke kenang sekolo le bona ba leqoophe. Ba
ˇ
ˇ
rata ho u tsoara-tsoara e le hore ba bone hore na u tla ba lumella ho fihlela kae. Ha ba utloe ha u re ba khaotse!” Deˇ
anna ea lilemo li 17 le eena o hlokometse se tsoanang. O re:
“Moshanyana e mong o ile a tla ho ’na ’me a nhaka. Ke ile ka
mo otla letsohong eaba ke re, ‘U etsa’ng? Ha ke u tsebe le ho
u tseba!’ ”
Le uena u ka ’na ua tobana le liteko ’me ha bonahala eka ha
ˇ
li ee moriting. Liteko li tsoana le ha motho a lulela ho u kokotela monyako le hoja a ntse a bona hore ha u batle ho mo bulela. Na le uena u utloa eka ho na le motho ea lulang a u kokotela? Ka mohlala, na u tobana le teko leha e le efe ho tse
latelang?
ı O Ho tsuba
ˇ
ˇ
ˇ
O Ho sheba litsoantso tse litsila
O Ho noa joala
O Ho kopanela liphate
O Ho sebelisa lithethefatsi O Tse ling........................................
ˇ
Haeba u tsoaile nthong leha e le efe ho tse ka holimo, u
se ke ua etsa qeto ea hore ha ua etsetsoa ho ba Mokreste. U
ka ithuta ho laola litakatso tse fosahetseng le ho hanela liteko.
Joang? Ke habohlokoa hore u lemohe hore na sesosa sa liteko ke sefe. Nahana ka lintlha tse tharo tse latelang.
1. Ho se phethahale. Batho bohle ba sa phethahalang ba
ˇ
na le tsekamelo ea ho etsa se fosahetseng. Esita le moaposto¯
la Pauluse—eo e neng e le Mokreste ea holileng tsebong—o
ile a lumela a sa hlathe koana le koana, a re: “Ha ke lakatsa ho
etsa se nepahetseng, se sebe se teng ho ’na.” (Baroma 7:21)
Ho hlakile hore le motho ea lokileng, ka linako tse ling o tla tleloa ke “takatso ea nama le takatso ea mahlo.” (1 Johanne 2:
16) Empa ho lula motho a nahana ka lintho tse ka mo hohelang hore a etse se fosahetseng ho tla mpefatsa boemo le ho
feta, kaha Bibele e re: “Takatso, ha e emere, e tsoala sebe.”
—Jakobo 1:15.
Nka hanela liteko joang? 65
ˇ
2. Tsusumetso ea ba bang. Liteko li hohle. Trudy o re:
“Sekolong le mosebetsing, batho ba bua ka ho kopanela liphate nako ena kaofela. Mananeong a thelevishene le lifiliming, ho
etsoa hore ho bonahale eka ke ntho e khahlisang le e monate.
Ke ka seoelo u bonang liphello tse bohloko tse tlisoang ke
ˇ
seo!” Trudy o tseba ka se mo etsahaletseng hore na tsusumetso ea lithaka le ea mecha ea phatlalatso e ka ba matla hakae.
O re: “Ha ke le lilemo li 16, ke ne ke nahana hore ke fumane
`
motho eo ke mo ratang. ’Me o ile a bua le ’na a mpolella hore
haeba ke tsoela pele ho etsa lintho ka tsela ena, ke tla qetella
ˇ
`
ke imme. Ke ile ka tsosoa ke hore ebe ’Me o ’nahanela ntho e
joalo! Empa likhoeli tse peli hamorao, ke ile ka ima.”
3. “Litakatso tsa tlhaho tsa bocha.” (2 Timothea 2:22)
Litakatso tsena li akarelletsa takatso leha e le efe eo mocha a
bang le eona, e kang ea ho lakatsa ho amoheloa ke ba bang
kapa hore le eena a nkoe e le motho. Ho lakatsa seo ka bohona hase phoso, empa haeba motho a sa ho laole, ho ka mo
thatafalletsa hore a hanele liteko. Ka mohlala, ho labalabela
hore ba bang ba tsebe hore na
u motho oa mofuta ofe, ho ka
NA U NE U TSEBA . . .
u susumelletsa hore u fetohele
ˇ
Molimo o ile a bolela esamekhoa e metle ea boitsoaro eo
le pele
ˇ hore Jesu o ne a
u e rutiloeng lapeng. Seo ke se
tla tsepahala, empa seo
ileng sa etsahalla Steve ha a le liha se bolele
hore
Jesu
o
ˇ
ne a tsoana le roboto, a
lemo li 17. O re, “Nakoana feela
entsoe hore a mamele
ka mor’a hore ke kolobetsoe, ke
feela. Ho e-na le hoo, Jesu
ile ka fetohela batsoali ba ka ’me
o ne a e-na le boikhetheka etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo
lo.ˇ O ile a ikhethela ho
tsepahala—hase hore o
ba neng ba nthutile hore ke se ke
ne a khethetsoe seo esaka e etsa.”
?
le pele. Leo ke le leng la
mabaka ao ka ’ona a
ileng a rapela ka matla
haholo ha a ne a lekoa.
—Baheberu 5:7.
66 bacha baa botsa
Tsela ea ho Hanela Liteko
Ke ’nete hore liteko tse boletsoeng ka holimo li matla. Empa
u ka khona ho li hanela. Joang?
BALA
BALA HO
HO EKETSEHILENG
EKETSEHILENG KA
KA TABA
TABA ENA
ENA
BUKENG EA 2, KHAOLONG EA 15
leka sena!
Beha compass, lenaka
la eona le shebile leboea.
Ebe u beha makenete pel’a
eona. Ho etsahala’ng? Lenaka
leo ha le sa sheba leboea. Ho e-na
le hoo, le sheba ka ho makenete.
ˇ
Letsoalo la hao le tsoana le compass
eo. Haeba le koetlisitsoe hantle, le tla sheba
“leboea” ’me le u thuse hore u etse liqeto tse
bohlale. Empa joaloka makenete, litloaelano tse
mpe li ka u hohela ka tsela e ka qetellang e fetotse
ˇ
boikutlo ba hao litabeng tsa boitsoaro. U ithuta’ng ho
see? U lokela ho qoba batho le maemo a ka ’nang a u kheˇ
losa boitsoarong bo botle!—Liproverbia 13:20.
˘ Ntlha ea pele, tseba hore na ke teko efe e u susumetsang ka
ˇ
ho fetisisa. (E ka ’na eaba u se u ntse u e tsoaile leqepheng la 65.)
˘ Ebe ua ipotsa, ‘Ho ka etsahala hore ke tobane le teko ee haˇ
holo-holo ha ke le hokae?’ Tsoaea ntlheng e ’ngoe ho tse latelang:
ı O Ha ke le sekolong
O Ha ke le mong
O Ha ke le mosebetsing
O Maemong a mang ..........................
Ho tseba hore na teko e ka ’na ea u hlahela neng ho ka ’na
ha u thusa hore u e qobe ka ho feletseng. Ka mohlala, nahana
ka boemo bo hlalositsoeng qalong ea khaolo ena. Ke lintho life
tse ileng tsa lemosa Karen hore ho ne ho ka ’na ha hlaha mathata phathing eo?
..................................................................................................
Nka hanela liteko joang? 67
‘‘
Ke thusoa ke ho tseba hore Motho ea matla ka
ho fetisisa bokahohleng o ka lehlakoreng la ka
¯
le hore nka kopa hore a nthuse ka nako leha e
le efe!
—Christopher
’’
A ka be a entse’ng hore a qobe teko eo li sa tloha feela?
ı ..................................................................................................
˘ Kaha joale u se u tseba teko eo ’me u se u bone hore na
u ka ’na ua tobana le eona ha u le hokae, joale u se u loketse ho
nka khato. Ntho ea pele eo u tla lokela ho e etsa ke ho leka ho
fokotsa monyetla oa ho tobana le eona kapa u hle u e qobe. Ka
tlaase mona, ngola seo u ka se etsang.
..................................................................................................
..................................................................................................
(Ka mohlala: Haeba nako le nako ha u tsoa sekolong, u kopana le bana bao u kenang sekolo le bona ’me ba u phehella hore
u tsube, u ka ’na ua tsamaea ka tsela e ’ngoe ho ba qoba.
ˇ
ˇ
ˇ
Haeba u atisa ho fumana litsoantso tse litsila tsa Inthanete
¯
empa ho se motho eo u mo kopileng hore a u romelle tsona,
u ka ’na ua sebelisa mananeo a
KELETSO
k’homphieutha a thibelang melaetsa eo ho kena k’homphieuSebelisa boitsebiso bo
theng ea hao. Hape u ka thaepa
tlas’a “Seo U ka se
mantsoe
a tobileng haholoanyaEtsang ha U Hatelloa ke
Lithaka,” bo leqepheng la
ne ha u etsa lipatlisiso Inthane132 le la 133 bukeng ea
teng.)
Lipotso—Bacha Baa
Ke ’nete hore u ke ke ua
Botsa—Likarabo Tse Sebeqoba liteko tsohle. Ha nako e
tsang, Buka ea 2, ho
itokisetsa kamoo u ka
ntse e ea, u ka ’na ua tobana le
arabang kateng ha motho
teko e itseng e matla—mohloa leka ho u susumelletsa
mong nakong eo u bileng u sa e
hore u etse se fosahelebellang. U ka etsa’ng boemong
tseng.
boo?
68 bacha baa botsa
Ha u inehela tekong, u ba
lekhoba la litakatso tsa hao
Lula U Itokisitse
Ha Jesu a ne “a lekoa ke Satane,” o ile a mo hanyetsa hang-hang.
(Mareka 1:13) Hobane’ng? Hobane
o ne a se a ntse a tseba seo a tlang
ho se etsa ha a hlaheloa ke teko.
Jesu o ne a entse qeto ea hore o tla
mamela Ntate oa hae ka linako tsohle. (Johanne 8:28, 29) O ne a tiile
ha a re: “Ha kea theoha leholimong
ho tla etsa thato ea ka, empa ho etsa thato ea ea nthomileng.”—Johanne 6:38.
Leqepheng le latelang, ngola mabaka a mabeli ao ka ’ona u
lokelang ho hanela liteko tseo u atisang ho tobana le tsona le
litsela tse peli tseo u ikemiselitseng ho li hanela ka tsona.
seo ke rerang ho se etsa!
E le hore ke ikemisetse ho hanela liteko,
ke tla
ı .................................................................................................................................
.................................................................................................................................
Batho ba bang, libaka le maemo ao ke lokelang ho a qoba,
a akarelletsa
.................................................................................................................................
.................................................................................................................................
Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba
ka tabeng ena ke
.................................................................................................................................
.................................................................................................................................
=
ˇ
“Molimo oa tsepahala, ’me a ke ke a le
tlohela hore le lekoe ho feta seo le ka se
jarang, empa hammoho le moleko o tla
boela a le bulele tsela ea ho tsoa e le hore
le khone ho o mamella.”—1 Bakorinthe 10:13.
˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙
Lebaka leo ka lona u lokelang ho li hanela:
1
2
..............................................................................................
..............................................................................................
Se tla u thusa ho li hanela:
1
2
..............................................................................................
..............................................................................................
Hopola hore ha u inehela tekong, u ba lekhoba la litakatso
tsa hao. (Tite 3:3) Ke hobane’ng ha u itumella hore u laoloe ke
ˇ
¯
litakatso? Bontsa hore u holile tsebong ka hore u laole litakatso ho e-na le ho li lumella hore li u laole. (Bakolose 3:5) ’Me u
rapelle hore u tsoele pele ho etsa joalo.—Matheu 6:13.1
1 Sheba le Khaolo ea 33 le ea 34 bukeng ena.
Na u ikutloa u khathetse morao tjee?
Bala kamoo u ka ntlafatsang bophelo ba hao kateng ’me u
boele u be morolo!
KHAOLONG E LATELANG
U NAHANA’NG KA SEE?
¯
˘ Na libopuoa tse phethahetseng li ka lekoa?—Genese 6:
1-3; Johanne 8:44.
ˇ
˘ Ha u hanela liteko, botsepehi ba hao bo ama ba bang
joang?—Liproverbia 27:11; 1 Timothea 4:12.
70 bacha baa botsa
10
Ke hobane’ng ha ke
lokela ho hlokomela
bophelo ba ka?
ˇ
Tsoaea pakaneng ka ’ngoe
eo u ratang ho e finyella.
ˇ
ı O Ho fokotsa ho tsoenyeha
bohale
O Ho laola
ˇ
O Ho itsepa haholoanyane
O Ho ba seli haholoanyane
O Ho ba sehlahlo
O Ho ntlafatsa ponahalo ea letlalo
O Ho theola boima ba ’mele
HO NA le lintho tse ling bophelong tseo uena joaloka mocha u
sa ikhetheleng tsona—tse kang
batsoali, banab’eno le hore na u
lula hokae, ha re bolela tse seng
kae feela. Empa u ka ikhethela
tabeng ea ho hlokomela bophelo ba hao. Le hoja liphatsa tsa
71
lefutso li phetha karolo e itseng, hangata boemo ba hao ba ’mele
ˇ
bo itsetlehile ka tsela eo u khethang ho phela ka eona.1
U ka ’na ua re, ‘Empa ke sa le monyenyane haholo hore nka
khathatseha ka taba ea ho itlhokomela ’meleng!’ Na u hlile u nahana joalo? Sheba lipakane tse thathamisitsoeng leqepheng la 71. U
ˇ
tsoaile tse kae? Ha e le hantle, e le hore u finyelle lipakane tseo ke
habohlokoa hore u hlokomele bophelo ba hao.
Ke ’nete hore u ka ’na ua ikutloa joaloka Amber ea lilemo li 17,
ea reng: “Ha ho kamoo nka lulang ke ja lijo tse entsoeng ka koro
le tse se nang mafura le tsoekere nako ena kaofela!” Haeba u ikuˇ
tloa ka tsela eo, u se ke ua tsoenyeha—ha ua tlameha ho tlohela
ka ho feletseng ho ja lijo tse tsoekere le ho matha sebaka se selelele beke le beke. Bonneteng, ho ka ’na ha hlokahala hore u etse liphetoho tse seng kae feela e le hore u shebahale hantle, u be sehlahlo le hore u sebetse hantle. A re bone kamoo bacha ba bang ba
entseng sena kateng.
E-ja Lijo Tse Nepahetseng—U Shebahale Hantle!
Bibele e re khothalletsa hore re itloaetse ho etsa lintho ka tsela e leka-lekaneng. Liproverbia 23:20 e re: “U se ke ua . . . ja ka bonyollo.” (Contemporary English Version) Hase kamehla ho leng
bonolo ho latela keletso ena.
“Joaloka bacha ba bang ba bangata, ke lula ke lapile. Batsoali ba ka ba ’nile ba re ekare mpa ea ka e na le masoba!”—Andrew
ea lilemo li 15.
“Ha e le hantle, kaha ha ke bone hore na ho ja lijo tse itseng
ho ntematsa hakae hona joale, ha ke bone eka seo ke bothata.”
—Danielle ea lilemo li 19.
ˇ
NA U NE U TSEBA . . .
Na ho hlokahala hore u itsoare
haholoanyane malebana le lijo? A
Ha u ikoetlisa,
’mele oa
ˇ
re bone seo bacha ba bang ba reng
hao o ntsa li-endorphin—e
se ba tsoela molemo.
leng lik’hemik’hale tse
?
bokong tse kokobetsang
mahlaba le ho etsa hore u
ikutloe u phetse hantle.
72 bacha baa botsa
1 Rea elelloa hore batho ba bangata baa
kula kapa ba holofetse ’me ha ho seo ba ka se
etsang ho fetola seo. Sehlooho sena se ka
ba thusa hore ba intlafatse ho isa moo ba ka
khonang.
“Ke ile ka fetola tsela eo ke phelang ka eona”
“Ha ke kena lilemong tsa bocha ke ne ke le motenya, e leng
seo ke neng ke sa se batle. Ke ne ke sa rate tsela eo ke shebahalang ka eona le eo ke neng ke ikutloa ka eona! Nako le nako ke
ne ke leka ho theola boima ba ’mele ka ho ja lijo tse khethehileng, empa ka mor’a moo ke boetse ke nona. Kahoo, ha ke le lilemo li 15 ke ile ka etsa qeto ea hore ho lekane. Ke ne ke batla ho
theola boima ba ’mele ka tsela e nepahetseng—eo ke neng ke tla
e khomarela bophelo bohle ba ka. Ke ile ka reka buka e buang
ka lijo tsa motheo tse nang le phepo e nepahetseng le tsela e loketseng ea ho ikoetlisa, eaba ke sebelisa seo ke se balang. Ke
ˇ
ne ke ikemiselitse hore le ha ‘nka khetsemela’ kapa ka nyahama, nke ke ka tela. Liphello e bile life? Ke ile ka atleha! Le pele
ho feta selemo, ke ne ke se ke theotse boima ba ’mele ka liponto
tse 60 [lik’hilograma tse 30]. Ho se ho fetile lilemo tse peli ke
ntse ke le mokaalo. Ke ne ke sa kholoe hore seo se ka etsahala!
Ke nahana hore se nthusitseng hore ke atlehe ke hobane ke ne
ke sa je lijo tse khethehileng feela—ke ile ka fetola tsela eo ke
phelang ka eona.”—Catherine ea lilemo li 18.
Mamela ’mele oa hao. Julia ea lilemo li 19 o re: “Ke ne ke
tloaetse ho lekanyetsa lijo tseo ke li jang, empa hona joale ke
ˇ
khaotsa ho ja ha ke khotse.”
Qoba lijo tse se nang phepo. Peter ea lilemo li 21 o re: “Ka ho
khaotsa ho noa lino-mapholi tse nang le asiti, ke ile ka theola boima ba ’mele ka liponto tse leshome
[lik’hilograma tse hlano] ka khoeli
KELETSO
e le ’ngoe feela!”
Batla motho eo u ka
Itloaetse mekhoa e metle ea
ikoetlisang le eena. Sena
ho ja. Erin ea lilemo li 19 o re: “Ke
se tla u susumetsa kaha
leka hore ke se ke ka ipheta ha
u ke ke ua batla ho mo
soabisa.
ke ja.”
Lekunutu la ho Atleha: E-ja
Ke hobane’ng ha ke lokela ho hlokomela bophelo ba ka? 73
‘‘
Ke rata tsela eo ke ikutloang ka eona ha ke ikoetlisa.
’Me ha ke qala ho shebahala hantle ka lebaka la hona,
ˇ
seo se etsa hore ke itsepe haholoanyane!
—Emily
’’
ha e le nako ea lijo! Haeba u sa je, u tla lapa ebe u qetella u ja ho
feta tekano.
Ikoetlise Haholoanyane—U be Sehlahlo!
Bibele e re: “Koetliso ea ’mele e na le molemo.” (1 Timothea
4:8) Empa ho bonahala bacha ba bangata ba sa rate ho ikoetlisa.
“U ke ke ua lumela hore na ke bana ba bangata hakae ba neng
ba feila tlelaseng ea boikoetliso, ha ke ne ke le sekolong se phahaˇ
meng. E ne e le tlelase e bonolo ka ho fetisisa hoo e ka tsoaˇ
ntsoang le ho ja!”—Richard ea lilemo li 21.
“Ba bang ba re, ‘Ke hobane’ng ha ke lokela ho matha ka ntle
letsatsing le chesang hore ke fufuleloe ke be ke khathale empa
nka bapala papali ea video e ntumellang hore ke etse eka kea matha?’ ”—Ruth ea lilemo li 22.
Na ha ho buuoa ka ‘ho ikoetlisa’ ua sulafalloa? Haeba ho joalo, nahana ka melemo e meraro ea ho ba le kemiso e tsitsitseng ea
ho ikoetlisa.
Molemo oa Pele. Ho ikoetlisa ho matlafatsa tsamaiso ea
ˇ
hao ea ’mele ea ho itsireletsa mafung. Rachel ea lilemo li 19 o
re: “Ntate o ne a tloaetse ho re, ‘Haeba u sa iphe nako ea ho ikoetlisa, u tla tlameha ho ipha ea ho kula.’ ”
ˇ
Molemo oa Bobeli. Ho ikoetlisa ho etsa hore boko bo ntse
Bophelo
ba hao
ˇ
bo tsoana le koloi
—haeba u sa bo
hlokomele hantle bo
tla senyeha
74 bacha baa botsa
ˇ
lik’hemik’hale tse etsang hore u khobe matsoafo. Emily ea lilemo li 16 o re: “Ho matha ho mpholisa hlooho ha ke nahana ka lintho tse ngata. Ke ikutloa ke khatholohile ’meleng ke bile ke imolohile maikutlong.”
Molemo oa Boraro. Ho ikoetlisa ho ka etsa hore u natefeloe ke bophelo. Ruth ea lilemo li 22 o re: “Ke rata ho hahloa ke
moea, kahoo ha ke ikoetlisa ke etsa lintho tse kang ho hloa lithaba, ho sesa, ho thellisa lehloeng le ho palama baesekele.”
Lekunutu la ho Atleha: Bonyane qeta metsotso e 20 hararo
ka beke u ikoetlisa ka matla, u etsa ntho eo u e thabelang.
Robala Hantle—U Sebetse Hantle!
Bibele e re: “Phomolo e tletseng letsoho e molemo ho feta mosebetsi o boima o tletseng matsoho a mabeli le ho lelekisa moea.”
(Moeklesia 4:6) Ha u sa robale hantle, u ke ke ua sebetsa hantle!
“Haeba ke sa robala ka ho lekaneng, ha ke khone ho sebetsa
hantle. Ke thatafalloa ho tsepamisa maikutlo nthong leha e le efe!”
—Rachel ea lilemo li 19.
“Hoo e ka bang ka hora ea bobeli thapama, ke ikutloa ke khathetse hoo nka ’nang ka robala ke ntse ke buisana le batho ba
bang!”—Kristine ea lilemo li 19.
seo ke rerang ho se etsa!
Pakane e loketseng eo nka ipehelang eona tabeng ea hore na
ke tla ja ka tsela efe ke
ı .................................................................................................................................
Pakane e loketseng eo nka ipehelang eona tabeng ea ho
ikoetlisa ke
.................................................................................................................................
Ke tla leka ho qeta khoeli ke robala lihora tse ka
bang ........................... bosiu ka bong.
Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba
ka tabeng ena ke
.................................................................................................................................
.................................................................................................................................
=
“Koetliso ea ’mele e na le molemo.”
—1 Timothea 4:8.
˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙
Na u hloka nako e eketsehileng ea ho robala? A re bone seo
bacha ba bang ba se entseng.
Qoba ho robala bosiu. Catherine ea lilemo li 18 o re: “Ke leka
ho robala ka nako.”
Khaotsa moqoqo. Richard ea lilemo li 21 o re: “Ka linako tse
ling metsoalle ea ntetsetsa kapa e nthomella melaetsa e se e le bosiu haholo, empa morao tjena ke ithutile ho khaotsa moqoqo ebe
kea robala.”
Leka ho ba le kemiso e tsitsitseng. Jennifer ea lilemo li 20 o
ˇ
re: “Morao tjena, ke leka ho robala le ho tsoha ka nako e tsoanang.”
Lekunutu la ho Atleha: Leka ho robala bonyane lihora tse robeli bosiu ka bong.
U tla rua molemo haholo haeba u nka mehato e seng mekae
ho itlhokomela ’meleng. U hopole hore ha u itlhokomela ’meleng
seo se tla u thusa hore u shebahale hantle, u be sehlahlo ’me u sebetse hantle. Ho fapana le lintho tse ling bophelong, u ka khona
¯
ho laola boemo ba hao ba ’mele ho isa boholeng bo itseng. Erin ea
lilemo li 19 o re: “Qetellong, ke uena feela ea ka hlokomelang bophelo ba hao.”
Na uena le batsoali ba hao ha le talime
ˇ
lintho ka ho tsoana ha ho tluoa tabeng ea moaparo? Ithute
kamoo le ka ’nang la lumellana kateng!
KHAOLONG E LATELANG
U NAHANA’NG KA SEE?
˘ Ho itlhokomela
’meleng ho ka ama boikutlo ba hao ba
ˇ
ho itsepa joang?
˘ Ke’ng ea bohlokoa ho feta ho itlhokomela ’meleng?
—1 Timothea 4:8.
76 bacha baa botsa
11
Nka apara eng?
Heather o mothating oa ho tsoa ka tlung, ’me
batsoali ba hae ha ba kholoe seo ba se bonang.
Ntate oa hae o re: “Ke ha u se u apere ha u le tjee?”
Heather o re ka ho makala: “E, bothata bo kae? Ke
mpa ke ikela mabenkeleng le metsoalle.”
`
’Me oa hae o re: “Eseng u apere joalo!”
`
Heather oa tletleba, o re: “Empa ’Me, bana ba bang
kaofela ba apara tjena. Ebile ha u apere tjena ke hona
ha u apere!”
Ntate o araba a halefile, o re: “Ha re rate tsela eo u
apereng ka eona! Khutlela ka kamoreng u e’o chencha
ausinyana, ho seng joalo ha ho moo u eang teng!”
77
TABA ea ho loanela liphahlo ha e qale hona joale. E ka ’na
eaba batsoali ba hao le bona ba ne ba loanela liphahlo le batsoali ba bona ha ba ne ba lekana le uena. Mohlomong ka nako
eo ba ne ba ikutloa ka tsela eo u ikutloang ka eona kajeno!
Empa hona joale ba se ba fetotse maoa, ’me le lula le qabana
ka liaparo.
U re: Se ntula hantle.
Ba re: Sea makatsa.
U re: Se setle!
Ba re: Se hlaha.
U re: Se chipi.
ˇ
Ba re: Se hlile se tsoanetse. . . . Karolo e ’ngoe ea sona ha
e eo!
Na ho na le seo le ka se etsang hore le fihlele tharollo? E,
se teng! Megan ea lilemo li 23 o tseba lekunutu la seo. O re:
“Ha ho hlokahale hore le phehe khang. Le ka lumellana.” Ra
lumellana? Na seo se bolela hore u lokela ho apara joaloka
motho ea lilemo li 40? Che! Ho lumellana ho mpa ho bolela
hore uena le batsoali ba hao le buisana ka liaparo tse ling tseo
u ka li khethang, tseo uena hammoho le bona le li ratang. Ho
etsa seo ho tla u tsoela molemo joang?
1. U tla shebahala hantle, esita le lithakeng tsa hao.
2. Batsoali ba hao ha ba na ho nyatsa seo u se aparang hakaalo.
ˇ
3. Ha batsoali ba hlokomela kamoo u bontsang boikarabelo kateng tabeng ena, ba ka ’na ba u fa bolokolohi bo eketsehileng.
NA U NE U TSEBA . . .
Ha re oele temeng. Nahana
ka
seaparo
se itseng seo u se
Hangata ha batho ba qala
“batlang matleng,” seo u se boho u bona ba ba le maikutlo a itseng ka uena ho
neng Inthaneteng kapa lebenkelatela seo u se apereng.
leng. Ntho ea pele eo u lokelang
ho e etsa ke . . .
?
78 bacha baa botsa
=
¯
“Le se ke la lumella mokhabo oa lona hore
e be oa . . . ho apara liaparo tsa ka ntle, empa
e ke e be motho ea ka sephiring oa pelo.”
—1 Petrose 3:3, 4.
˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙
Ho Nahana ka Melao-motheo ea Bibele
Bibele ha e bue hakaalo ka moaparo. Ha e le hantle, u ka
qeta metsotso e seng mekae u bala likeletso tsohle tsa Mangolo tse buang ka taba ena ka ho toba! Empa ka metsotso eo, u tla
fumana tataiso ea bohlokoa le e utloahalang. Ka mohlala:
˘ Bibele e eletsa basali hore ba ikhabise “ka boitlhompho le
ho hlaphoheloa kelellong.”1—1 Timothea 2:9, 10.
ˇ
Lentsoe “boitlhompho” le ka ’na la u tsoenya. U ka ’na ua
ipotsa, ‘Na ke lokela ho apara liaparo tse sa boheheng?’ Le hanyenyane! Tabeng ena, boitlhompho bo bolela hore u apara ka
ˇ
tsela e nang le seriti le e bontsang hore u nahanela maikutlo
a ba bang. (2 Bakorinthe 6:3) Ho na le liaparo tse ngata tse joalo. Danielle ea lilemo li 23 o re: “Ho ka ’na ha e-ba thata, empa
u ntse u ka apara ka tsela ea feshene le hoja e se ka tsela e feteletseng.”
˘ Bibele e re ha ho tluoa tabeng ea ponahalo, u lokela ho
ameha ka “motho ea ka sephiring oa pelo”—kapa “seo u hlileng u leng sona” ho latela Today’s English Version.—1 Petrose 3:4.
Moaparo o se nang boitlhoKELETSO
mpho o ka ’na oa u bitsetsa maQoba ho apara liaparo
hlo ka nakoana, empa botle bo
tse u bitsetsang maka hare ke bona bo tla etsa hore
¯
hlo. Li etsa hore u
batho ba holileng le lithaka tsa
bonahale eka
¯ ¯ u tsiehao ba lule ba u hlompha. Na
tsing e kholo ea ho
lithaka tsa hao li ka hla tsa u
batla ho bonoa ebile u
1 Le hoja keletso ena ea Bibele e tobisitsoe
ho basali, melao-motheo e ho eona ea sebetsa le ho banna.
inahana bouena.
Nka apara eng? 79
Tsela eo u aparang
ˇ
ka eona e bontsa
batho ba bang
hore na u motho
oa mofuta ofe.
Liaparo tsa hao li
fana ka molaetsa
ofe ka uena?
ngollaaetsa
moo mona
o
?
hlompha? E—esita le tsona li ka ’na tsa bona booatla ba ho
apara ka tsela e makatsang. Brittany ea lilemo li 16 o re: “Hoa
khopisa ho bona kamoo basali ba lekang ho hohela banna kateng ka tsela eo ba aparang ka eona!” Kay o lumellana le eena.
Ha a hlalosa motsoalle e mong oa hae oa mehleng, o re: “Ntho
e ’ngoe le e ’ngoe eo a neng a e apara e ne e etsa hore batho ba
mo shebe. O ne a batla hore bashanyana ba mo shebe, kahoo a
apara liaparo tse mo bitsetsang mahlo.”
¯
Kopa Keletso ho Batsoali
Ho pata liaparo tse makatsang ka mokotleng ebe u li apara
ha u fihla sekolong, hase tsela e ntle ea ho etsa lintho. Batsoaˇ
ˇ
li ba hao ba tla u tsepa le ho feta haeba u tsepahala, esita le linthong tseo u nahanang hore u ka ba patela tsona. Ha e le hantle, e ka ba bohlale hore u ba botse hore na ba nahana’ng ka
liaparo tseo u batlang ho li apara. (Liproverbia 15:22)—Sheba
boitsebiso bo tlas’a “Lintlha Tse ka U Thusang ka Liaparo” bo
leqepheng la 82 le la 83.
80 bacha baa botsa
‘‘
Ha ke bona banana ba apereng ka tsela e
makatsang, seo se etsa hore ke se ke ka hlola ke
ba hlompha hakaalo. Ka lehlakoreng le leng, ha
ke bona batho ba apere hantle ka tsela e nang le
seriti, ke ee ke re ka pelong, ‘Ke kamoo ke
batlang hore batho ba mpone ke le
kateng.’
—Nataleine
’’
Empa ke hobane’ng ha u lokela ho ba botsa? Na hase ’nete
hore mosebetsi oa batsoali ke hore ba u hanele ho apara liaparo tsa feshene? Che. Ke ’nete hore batsoali ba hao ba ka ’na ba
talima lintho ka tsela e fapaneng le eo u li talimang ka eona,
empa ka linako tse ling ke sona seo u se hlokang. Nataleine ea
lilemo li 17, o re: “Ke ananela keletso ea batsoali ba ka, hobane
ha ke batle ho itlosa seriti ha ke tsamaea tseleng kapa hore batho ba mpue hampe, ka lebaka la tsela eo ke shebahalang ka
eona.”
Ntle ho moo, ’nete ke hore: Hafeela u ntse u lula le batsoali ba hao, u tlas’a taolo ea bona. (Bakolose 3:20) Empa ha u
seo ke rerang ho se etsa!
¯
Setho sa lelapa kapa motsoalle ea holileng tsebong eo ke
tla buisana le eena ha ke batla ho reka seaparo se itseng ke
ı .................................................................................................................................
Nakong e tlang ha ke reka liaparo, ke tla nahana ka lintlha
tse latelang:
.................................................................................................................................
.................................................................................................................................
Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali
ba ka tabeng ena ke
.................................................................................................................................
.................................................................................................................................
karolo ea hao Nahana ka seaparo se
¯
Litaelo: Kopitsa maqephe ana. Kopa batsoali ba hao hore ba tlatse
leqephe le ka
ˇ
lehlakoreng le letona ’me uena u tlatse le ka lehlakoreng le letsehali. Ha u qeta, u fe
batsoali ba hao likarabo tsa hao ’me uena u nke tsa bona, ebe le buisana ka seo le se
ngotseng. Na ho na le lintho tse le makatsang? Le ithutile eng eo le neng le sa e tsebe
ka e mong mabapi le tsela eo le talimang lintho ka eona?
lintlha tse ka u thusang ka liaparo
itseng seo u batlang ho se apara kapa ho
se reka.
Ke hobane’ng ha u rata seaparo seo
ka ho khetheha? Thathamisa mabaka a
fanoeng ka tlaase mona, ka ho latellana.
ı ...... Leibole
...... Se khahla ba bong bo fapaneng
...... Bacha ba bang baa se rata
...... Se ntula hantle
...... Theko ea sona
...... Lebaka le leng ......................................
Ha batsoali ba ka ba bona seaparo seo,
ba ka ’na ba re
O “U se ke ua se reka!”
O “U ka ’na ua se reka.”
O “Ho lokile, u ka se reka.”
Haeba ba hana ha ke se reka, e ka ’na
eaba ke hobane ba re
O “Se hlaha.”
O “Sea makatsa.”
O “Se fesheneng haholo.”
O “Se re tlosa seriti, re le batsoali.”
O “Se turu haholo.”
O Lebaka le leng ..........................................
na re ka sebelisana
Tsela eo batsoali ba ka ba talimang
lintho ka eona e ka nthusa joang? ............
......................................................................
Nka etsa’ng hore seaparo see se
amohelehe, haeba ho khoneha?
.....................................................................
......................................................................
82
karolo ea batsoali¯ Nahanang ka seaparo se
itseng seo ngoana oa lona a batlang ho se apara
kapa ho se reka.
Le nahana hore ke hobane’ng ha a
rata seaparo seo? Thathamisang
mabaka a fanoeng ka tlaase mona, ho
latela tsela eo le nahanang hore o talima
lintho ka eona.
...... Leibole
...... Se khahla ba bong bo fapaneng
...... Bacha ba bang baa se rata
...... Se mo lula hantle
...... Theko ea sona
...... Lebaka le leng ......................................
Ha re qala ho se bona, re ile ra re
O “U se ke ua se reka!”
O “U ka ’na ua se reka.”
O “Ho lokile, u ka se reka.”
Re hanne hobane
O “Se hlaha.”
O “Sea makatsa.”
O “Se fesheneng haholo.”
O “Se re tlosa seriti, re le batsoali.”
O “Se turu haholo.”
O Lebaka le leng ..........................................
hammoho ntlheng ee?
Na
hana seaparo see hobane feela
¯ rere
rona
sa se rate?
O E O Mohlomong O Che
Re ka re’ng haeba ho e-na le tsela ea ho
etsa hore se amohelehe?
......................................................................
......................................................................
qeto
.........................................................
83
ho thoe’ng ka bashanyana?
ˇ
Melao-motheo ea Bibele e tsohliloeng sehloohong sena ea
sebetsa le ho bashanyana. Aparang ka tsela e hlomphehang.
Etsang hore motho ea ka sephiring—e leng seo le hlileng le
leng sona—a bonahale ka ho hlaka. Ha u nahana ka seaparo se
itseng, ipotse: ‘Se tla fana ka maikutlo afe ka ’na? Na se boˇ
ntsa seo ke hlileng ke leng sona?’ Hopola hore liaparo ke mokhoa o mong oa boitsebahatso. Tiisa hore liaparo tsa hao li bonahatsa seo u se lumelang!
utloisisa maikutlo a bona—’me le bona ba utloisisa a hao—u
ka ’na ua makatsoa ke kamoo le lumellanang linthong tse ngata kateng. Ka lebaka leo, le ka ’na la khaotsa ho loanela liphahlo!
Keletso: Ha u itekanya seaparo se itseng, u se ke ua nahana ka seo u se bonang ka seiponeng feela. Seaparo se ka ’nang
sa bonahala se u lekana hantle, se ka ’na sa e ba ka tsela e ’ngoe
ˇ
ha u lula fatse kapa u thonaka ntho e itseng. Haeba ho khone¯
ha, botsa motsoali kapa motsoalle e mong ea holileng tsebong
hore na o nahana’ng ka sona.
KHAOLONG E LATELANG
Na ua ikhalala? U ka etsa’ng haeba u
sa ithate?
U NAHANA’NG KA SEE?
˘ Ke hobane’ng ha batsoali le bacha ba atisa ho
qabanela moaparo?
˘ U ka ithuta eng ha u buisana le batsoali ba hao ka
litaba tse amanang le moaparo?
84 bacha baa botsa
12
Nka
etsa’ng hore ke
ˇ
itsepe haholoanyane?
ı
Ha u icheba ka seiponeng, na u rata E Che
tsela eo u shebahalang ka eona? O O
Na u nahana hore u na le
makhabane a itseng? O
Na u khona ho hanela
khatello ea lithaka? O
Na u khona ho mamella ha
ˇ
batho ba u nyatsa ka tsoanelo? O
O
O
O
Na u khona ho iphapanyetsa
lintho tse mpe tseo ba bang
ba li buang ka uena? O
Na u ikutloa eka ua ratoa? O
O
Na ua itlhokomela? O
O
Na u thabela ho bona ba
bang ba atleha? O
O
Na u inka u le motho ea
atlehileng? O
O
O
Haeba u arabetse ka che,
lipotsong tse ’maloa ho tse ka
holimo, e ka ’na eaba ho
ikhalala ho entse hore u se ke
ua hlokomela bokhoni ba hao.
Khaolo ena e reretsoe ho u
thusa hore u bo hlokomele!
85
BACHA ba bangata ba ikutloa ba sa kholiseha ka tsela eo ba shebahalang ka eona le ka bokhoni boo ba nang le bona le ka hore na
ba joang ha ba bapisoa le ba bang. Na le uena u ikutloa joalo? Haeba ho joalo, hase uena feela ea ikutloang ka tsela eo!
ˇ
“Mefokolo ea ka ea ’nyahamisa. Ke lula ke itsoaea liphoso
nako ena kaofela.”—Leticia.
“Ho sa tsotellehe hore na u motle hakae, u tla lula u kopana le
ba bang ba batle ho u feta.”—Haley.
ˇ
“Ha ke phutholohe ha ke e-na le bacha ba bang. Ke tsaba hore
ba tla nka hore ha ke motho oa bohlokoa.”—Rachel.
Haeba u ikutloa joaloka bacha bana ba qotsitsoeng ka holimo,
u se ke ua nyahama. U ka fumana thuso. Nahana ka lintlha tse
ˇ
tharo tse tla u thusa hore u itsepe haholoanyane le hore u be le
maikutlo a matle ka uena.
Thusa ba Bang
¯ ¯
Lengolo la sehlooho. “Ho fana ho tlisa thabo e kholo ho feta
ho amohela.”—Liketso 20:35.
Seo le se bolelang. Ha u thusa batho ba bang, le uena ua ithusa. Joang? Maele a Bibele a re: “Ea tsebang ho fana o tla nona; ea
nosetsang o tla nosetsoa le eena.” (Liproverbia 11:25, Bibele ea
Sesotho) Ke ’nete e ke keng ea latoloa hore ha u thusa batho ba
bang, le uena u ikutloa u le motho oa bohlokoa!1
“Ke nahana ka seo nka se etsetsang ba bang ’me ke leka ho
thusa ba bang ka phuthehong ea heso. Ho rata ba bang le ho qeta
nako ke e-na le bona hoa ntlhasimolla.”—Breanna.
ˇ
“Tsebeletso ea Bokreste ea thabisa kaha e u susumelletsa ho
ameha ka batho ba bang, ho e-na
le ho ameha ka uena.”—Javon.
NA U NE U TSEBA . . .
Temoso: U se ke ua thusa batho ba bang hobane feela u batla
Tsela eo u italimang ka
hore ba tle ba u buseletse. (Maeona e ka ama tsela eo
?
ba bang ba u talimang ka
eona
. . . esita le eo ba u
ˇ
tsoarang ka eona.
86 bacha baa botsa
1 Haeba u e mong oa Lipaki Tsa Jehova,
nahana hore na u tla thaba hakaakang ha
u bolella batho ba bang molaetsa oa ’Muso.
—Esaia 52:7.
=
“E mong le e mong a ke a leke seo mosebetsi oa hae o leng sona, joale o tla ba le
sesosa sa thabo e khaphatsehang mabapi
le eena a le mong, eseng ka ho ipapisa le
motho e mong.”—Bagalata 6:4.
˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙
theu 6:2-4) Ho fana ka sepheo se sebe ho ke ke ha u thusa ka letho. Hangata batho ba tla hlokomela ha u etsa lintho ka sepheo se
sebe!—1 Bathesalonika 2:5, 6.
Seo u ka se etsang. Nahana ka motho eo u ileng ua mo thusa
nakong e fetileng. Motho eo ke mang, hona u ile ua mo etsetsa
eng? ı ......................................................................................
..................................................................................................
U ile ua ikutloa joang ka mor’a moo?
..................................................................................................
Nahana ka motho e mong hape eo u ka mo thusang ’me u
ngole hore na u ka mo thusa joang.
..................................................................................................
..................................................................................................
Etsa Metsoalle
Lengolo la sehlooho. “Motsoalle oa ’nete o lerato ka linako
tsohle, ’me ke mor’abo motho ea
tsoaletsoeng ha ho e-na le mahlomola.”—Liproverbia 17:17.
Seo le se bolelang. Motsoalle
oa sebele o tla u thusa nakong ea
tlokotsi. (1 Samuele 18:1; 19:2)
Esita le ho nahana feela hore ho
na le motho ea u tsotellang ho ka
u tsosa molota. (1 Bakorinthe 16:
KELETSO
U se ke ua ipolella lintho
tse¯ kang ‘Kamehla kea
hloleha’ le ‘Ha ho mohla
ke etsang ntho e nepahetseng.’ Lipolelo tse
feteletsang taba joalo li
tla u nyahamisa feela. Ho
e-na le hoo, amohela hore
u na le mefokolo empa le
teng u lemohe makhabane ao u nang le ’ona.
ˇ
Nka etsa’ng hore ke it sepe haholoanyane? 87
‘‘
Motho e mong a ka ba motle haholo empa a
’na a ikutloa eka o mobe. E mong eena a ka ’na
a se ke a ba motle hakaalo empa a inka hore o
motle ho feta batho kaofela. Ke taba feela ea
hore na o ikutloa joang.
—Alyssa
’’
17, 18) Kahoo, atamela haufi le batho ba u susumetsang hore u
etse lintho tse ntle.
“Metsoalle ea sebele e ke ke ea u tlohela hore u lule u nyahame.”—Donnell.
“Ka linako tse ling, ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke ho tseba hore ho na le motho ea u tsotellang e le kannete. Seo se ka etsa
hore u ikutloe u le motho oa bohlokoa.”—Heather.
Temoso: Etsa bonnete ba hore metsoalle ea hao e u thusa
hore u be seo u hlileng u leng sona—eseng hore feela u amohelehe ho eona. (Liproverbia 13:20; 18:24; 1 Bakorinthe 15:33) Ho
etsa liketso tse mpe e le hore feela u khahlise ba bang ho tla etsa
hore u ikutloe u tlotlolotsoe ebile u qhekeletsoe.—Baroma 6:21.
Seo u ka se etsang. Ka tlaase mona, ngola lebitso la motsoaˇ
lle ea ka u thusang hore u itsepe haholoanyane.
ı ..................................................................................................
Ke hobane’ng ha u sa lokisetse hore u qete nako e itseng u
e-na le motho eo?—Tlhokomeliso: Hase hore e tlameha ebe thaka ea hao.
U se ke Ua Tela ha U Etsa Liphoso
Lengolo la sehlooho. “Bohle ba entse sebe ’me ba haelloa ke
khanya ea Molimo.”—Baroma 3:23.
Seo le se bolelang. ’Nete ke hore ha ua phethahala. Sena se
bolela hore ka linako tse ling u tla bua esita le ho etsa lintho tse fosahetseng. (Baroma 7:21-23; Jakobo 3:2) Le hoja u ke ke ua qoba
ˇ
ho etsa liphoso, u ka laola tsela eo u itsoarang ka eona ha u li
entse. Bibele e re: “Ea lokileng a ka ’na a oa esita le ka makhetlo a
supileng, ’me ka sebele o tla ema.”—Liproverbia 24:16.
88 bacha baa botsa
¯
“Ha re bapisa mefokolo ea rona le bokhoni ba motho e mong,
ˇ
ka linako tse ling seo se etsa hore re se ke ra itsepa.”—Kevin.
“Motho e mong le e mong o na le makhabane le mefokolo. Re
¯
lokela ho ba motlotlo ka makhabane a rona ’me re ntlafatse moo
re fokolang teng.”—Lauren.
Temoso: U se ke ua sebelisa ho se phethahale e le lebaka la
ho etsa sebe. (Bagalata 5:13) Ho etsa phoso ka boomo ho tla etsa
hore u lahleheloe ke ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa—e leng ho ba
le kamano e ntle le Jehova Molimo!—Baheberu 10:26, 27.
ˇ
Seo u ka se etsang. Ka tlaase mona, ngola tsobotsi eo u ka
ratang ho ntlafatsa ho eona.
ı ..................................................................................................
ˇ
Ngola letsatsi la kajeno pel’a tsobotsi eo u e ngotseng. Etsa lipatlisiso mabapi le hore na u ka e ntlafatsa joang ’me ka mor’a
khoeli u hlahlobe hore na u hatetse pele hakae.
Ruri Ua Bohlokoa
¯
Bibele e re: “Molimo o moholo ho lipelo tsa rona.” (1 Johanne
3:20) Sena se bolela hore a ka bona kamoo u leng oa bohlokoa
seo ke rerang ho se etsa!
Ha lithaka tsa ka li ’nyatsa, ke tla
ı .................................................................................................................................
.................................................................................................................................
Ha ke elelloa hore ke bona mefokolo ea ka feela,
ke tla
.................................................................................................................................
.................................................................................................................................
Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali
ba ka tabeng ena ke
.................................................................................................................................
.................................................................................................................................
Boleng ba chelete ha bo theohe
hobane feela e tabohile—le tsela
eo u leng oa bohlokoa ka eona
mahlong a Molimo ha e fetoloe
ke ho se phethahale
kateng esita le haeba uena u
sa hlokomele. Empa na mefokolo ea hao e fetola seo?
Nka hore u na le R100 ea pampiri empa ho na le moo e
tabohileng teng. Na u tla e lahla kapa u bone e se ea bohlokoa hobane feela ho na le moo e tabohileng? Che! E ntse e le R100—ebang e tabohile kapa ha ea taboha.
ˇ
Hoa tsoana le kamoo Molimo a u talimang u le oa bohlokoa
kateng. Mefokolo eo u nang le eona ha e mo sitise ho bona hore
ua bohlokoa. O hlokomela boiteko boo u bo etsang ba ho mo khahlisa ebile oa bo ananela, ho sa tsotellehe hore na uena u bo nka
bo fokola hakae! Ka sebele, Bibele e re tiisetsa hore “Molimo hase
¯
ea sa lokang hoo a ka lebalang mosebetsi oa lona le lerato leo le
ˇ
ileng la le bontsa bakeng sa lebitso la hae.”—Baheberu 6:10.
Na ka linako tse ling u ikutloa u
sithabetse ka lebaka la ho hlonama? Haeba ho joalo, u ka
etsa’ng?
KHAOLONG E LATELANG
U NAHANA’NG KA SEE?
˘ Ke hobane’ng
ˇ ha ka ho khetheha bacha ba ka ’na ba
se ke ba itsepa?
˘ Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore u itlhomphe ka
tsela e loketseng?
90 bacha baa botsa
13
Nka etsa’ng
hore ke khaotse
ho hlonama
hakaale?
“Ha metsoalle ea ka e imetsoe ke mathata, ke e
thusa ho a rarolla le ho etsa hore e ikutloe e
hlasimolohile. Empa ka mor’a moo, ke ea hae, ke kene
ka kamoreng ebe kea lla—e leng seo ba bangata ba sa
se hlokomeleng.”—Kellie.
ˇ
“Ha ke hloname ke itsehla
thajana. Ha ke memeloa
ho ea sebakeng se itseng, ke beha lebaka la hore ke se
ke ka ea. Ke khona ho patela ba lelapa leso hore ke
hloname. Ba nahana hore lintho li ntsamaela hantle.”
—Rick.
NA U kile ua ikutloa joaloka Kellie kapa Rick? Haeba ho joalo, u se
ke ua potlakela ho etsa qeto ea hore ho na le se phoso ka uena.
Taba ke hore motho e mong le e mong oa hlonama ka linako tse
ˇ
ling. Esita le banna le basali ba tsepahalang ba mehleng ea Bibele ba
ne ba ikutloa ka tsela eo.—1 Samuele 1:6-8; Pesaleme ea 35:14.
91
Ka linako tse ling, u ka ’na ua tseba hore na ke hobane’ng ha u
hloname; empa ka linako tse ling u ka ’na ua se ke ua tseba. Anna
ˇ
ea lilemo li 19 o re: “Hase hore u lokela ho etsahalloa ke ntho e tsosang e le hore u hloname. Ho ka itlela ka nako leha e le efe le ha u
se na mathata. Hoa makatsa empa hoa etsahala!”
Ho sa tsotellehe hore na sesosa ke’ng—esita le haeba ho bonahala eka ha se eo—u ka etsa’ng ha u sithabetsoa ke ho hlonama?
Leka ho etsa lintho tse latelang:
1. Bua ka taba ena. Ha Jobo a ne a le mahlomoleng, o ile a re:
“Ke tla bua ka moea o utloileng bohloko!”—Jobo 10:1.
Kellie o re: “Ke ikutloa ke imolohile haholo ha ke qeta ho bua le
motho e mong. Qetellong ho na le motho ea tsebang hore na ke ikuˇ
tloa joang. A ka nkakhella thapo ’me a ’ntsa ka mokoting—a mpholosa!”
Tlhahiso: Ka tlaase mona, ngola lebitso la motsoalle eo u ka mo
phetlelang sefuba ha u sithabelitsoe ke ho hlonama.
ı ..................................................................................................
2. Ngola ka taba ena. Ha ho hlonama ho ama tsela eo u talimang lintho ka eona bophelong, u ka ’na ua ngola maikutlo a hao.
Lipesalemeng tsa hae tse bululetsoeng, ka linako tse ling Davida o
ˇ
ne a bontsa hore o hloname haholo. (Pesaleme ea 6:6) Ho ngola
maikutlo a hao ho ka u thusa ho “sireletsa bohlale bo sebetsang le
matla a ho nahana.”—Liproverbia
3:21.
NA U NE U TSEBA . . .
Heather o re: “Ho ngola ho
Ho loketse hore u
nthusa hore ke hlophise lintho tse
lle, esita le haeba u mongata tse ka kelellong ea ka tse bashemane. Ka nako e
koang ke ho hlonama. Ha u hlalosa
’ngoe bophelong ba hae,
maikutlo a hao le ho utloisisa hore
Morena Davida o ile a re:
“Ke kolobisa liphateˇ tsa
na ke hobane’ng ha u ikutloa ka
`
ka ka meokho, ke tsela
tsela eo, ho hlonama ho tla kokomosamo oa ka ka likhabela.”
pha.”—Pesaleme ea 6:6,
Tlhahiso: Sebelisa chate e leBibele—Phetolelo e Ncha.
qepheng la 93 ho u thusa hore u
fumane litsela tse molemo tseo ka
?
92 bacha baa botsa
hore u kokobetse ho hlonama
ketsahalo
tsela
e fosahetseng
Tlatsa
chate ena
tsela e molemo
Nka etsa’ng hore ke khaotse ho hlonama hakaale? 93
Tichere e etsa hore ke
ikutloe ke se na thuso
Ha ke sa sebetsa ka thata
tlelaseng eo
Ntlha e thusang: Sheba Khaolo
ea 20 bukeng ena
Motsoalle oa ka oa
ntlhokomoloha
Ke mo bua hampe ho ba
bang
Ntlha e thusang: Sheba Khaolo
ea 10 Bukeng ea 2
Batsoali ba ka baa
hlalana
Ke jara motsoali e mong ka
pelo kapa bobeli ba bona
Ntlha e thusang: Sheba Khaolo
ea 4 bukeng ena
ı ...................................
................................................
....................................................
.......................................
................................................
....................................................
.......................................
................................................
....................................................
.......................................
................................................
....................................................
=
“Jehova o haufi le ba lipelo li robehileng;
o pholosa ba sithabetseng moeeng.”
—Pesaleme ea 34:18.
˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙
tsona u ka sebetsanang le maemo a thata. Sena se tla u thusa hore
u imolohe.
ˇ
3. Rapella taba ena. Bibele e re ha u rapella lintho tse u tsoenyang, ‘khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela pelo
ea hao le matla a hao a kelello.’—Bafilipi 4:6, 7.
Esther o re: “Ke ile ka leka ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha
¯
¯
ke hloname, empa ka hloleha. Ke ile ka kopa Jehova hore a nthuse
ke thabe. Ke ne ke khathetse ke ho hlonama empa ho se na lebaka.
Qetellong ke ile ka khaotsa ho hlonama. Le ka mohla, u se ke ua halala matla a thapelo!”
Tlhahiso: Nka mantsoe a ho Pesaleme ea 139:23, 24 e le moˇ
hlala oa thapelo eo u ka e etsang ho Jehova. Mo tsollele pelo ea hao,
¯
’me u mo kope hore a u thuse ho fumana lebaka le etsang hore u
hloname.
Ho phaella litlhahisong tse boletsoeng ka holimo, u na le boitsebiso ba bohlokoa bo Lentsoeng la Molimo, e leng Bibele. Ha
u tlatsa kelello ea hao ka lintho tse hahang tse fumanoang liˇ
tlalehong tsa Bibele, seo se ka ba le tsusumetso e ntle maikutlong a hao. (Pesaleme ea 1:1-3)
KELETSO
U ka fumana litlhahiso tsa kamoo
u ka ruang molemo kateng ’maHlalosa hore na u ikutloa
long oa Bibele ka ho hlahloba majoang ha u hloname le
qephe a nang le sehlooho se reng
hore na u nahana hore
“Mohlala o Motle oa” bukeng ena
ke’ng e etsang hore u hloname. Ka mor’a khoeli,
le bukeng ea bobeli. Leqepheng la
bala seo u se ngotseng.
227 la Buka ea 2, u tla ithuta kaNa tsela eo u ikutloang ka
moo moapostola Pauluse a ileng
eona ka seo u se ngoa atleha ho sebetsana le maikutlo
tseng e fetohile? Haeba e
a fosahetseng ao a neng a e-ba le
fetohile, ngola se u thusi’ona ka linako tse ling ka lebaka la
tseng.
ho se phethahale.
94 bacha baa botsa
Haeba U sa Khaotse ho
Hlonama
Ryan o re: “Ka matsatsi a
U ka khona
mang hoseng, ke utloa ke sa
ho tsoa ka
batle ho tsoha e le hore ke tomokoting o
bane le letsatsi le leng le se
tebileng oa ho
nang morero.” Ryan o na le
hlonama, ka
thuso ea ba bang
bothata ba ho tepella maikule boiteko boo u
tlo, ’me hase eena feela. Liphuˇ
bo etsang
putso li bontsa hore mocha a le
mong ho ba bane o ba le bothata bo itseng ba ho tepella maikutlo pele e e-ba motho e moholo.
U ka tseba joang haeba u e-na
le bothata ba ho tepella maikutlo?
ˇ
Matsoao a mang a akarelletsa phetoho e
¯ ¯
ˇ
ˇ
kholo maikutlong le boitsoarong, ho itsehla
thajana, ho felloa ke thahasello hoo e batlang e le linthong tsohle, ho ja le ho robala ka tsela e sa tloaelehang, ho ikutloa u hlile u se na thuso kapa ho ikutloa u le molato ntle ho lebaka.
seo ke rerang ho se etsa!
E le hore ke ikutloe ke hlasimolohile, ke tla etsa lintho
tse latelang:
ı .................................................................................................................................
.................................................................................................................................
Ho qeta nako ke e-na le metsoalle e latelang ho tla nthusa
ho kokobetsa ho hlonama:
.................................................................................................................................
.................................................................................................................................
Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali
ba ka tabeng ena ke
.................................................................................................................................
.................................................................................................................................
‘‘
Ha ke hloname, ho hlokahala hore ke qobe ho
ˇ
itsehla thajana. Ke ’nete hore ho ka ’na ha
ˇ
hlokahala hore ke be boinotsing e le hore ke
inahane hantle ’me mohlomong ke be ke lle.
Empa ka mor’a moo, kea tseba hore ke lokela ho
ba le batho ba bang e le hore ke tlose mohopolo
nthong leha e le efe e neng e etsa hore ke
hloname.
—Christine
’’
ˇ
Ke ’nete hore hoo e batlang e le batho bohle ba ba le letsoao
ˇ
kapa matsoao ana neng-neng bophelong. Empa haeba ho feta libeˇ
¯
ke tse ’maloa matsoao ana a sa khaotse, ke hobane’ng ha u sa kope
batsoali ba hao hore ba u ise ngakeng? Ngaka e ka ’na ea u bolella
hore u na le bothata bo itseng ’meleng bo u bakelang ho hlonama.1
Haeba u e-na le bothata ba ho tepella maikutlo, ha ho hlokahale hore u hlajoe ke lihlong. Batho ba bangata ba nang le bothata boo
ba qalile ho hlasimoloha ha ba sebelisa meriana—mohlomong ba
ikutloa ba phetse hantle ka tsela eo e leng khale ba qetetse ho ikutloa ka eona! Ka hona, ebang ho hlonama ha hao ho bakoa ke ho teˇ
pella maikutlo kapa che, hopola mantsoe a tselisang a Pesaleme ea
34:18 a reng: “Jehova o haufi le ba lipelo li robehileng; o pholosa ba
sithabetseng moeeng.”
1 Bacha ba bang ba nahana ho ipolaea ha ba sa khaotse ho hlonama. Haeba
le uena
ˇ
u kile ua nahana ka tsela eo, bua hang-hang le motho e moholo eo u mo tsepang.—Ho
fumana boitsebiso bo eketsehileng, sheba Khaolo ea 14, bukeng ena.
U ka etsa’ng haeba ho hlonama ho u
sithabetsa hoo u bileng u nahanang ho ipolaea?
KHAOLONG E LATELANG
U NAHANA’NG KA SEE?
˘ Na ho lla hoa thusa?
˘ Ho qeta nako u e-na le batho ba bang ho ka u thusa
joang hore u khaotse ho hlonama?
96 bacha baa botsa
MOHLALA O MOTLE OA
Jobo
Bophelo ba Jobo bo ile ba fetoha ka ho feletseng. Ntlha ea
pele, o ile a lahleheloa ke mokhoa oa hae oa ho iphelisa. Ea bobeli, o ile a shoeloa ke bana. Ea boraro, o ile a kula. Tsena tsohle
li ile tsa etsahala ka potlako ebile a sa lebella. Jobo o ile a bua a
nyahame haholo, a re: “Ka sebele moea oa ka o nyonya bopheˇ
lo ba ka.” O ile a hlalosa hore ‘o khotse ho hlompholoha ’me o
tletse mahloreho.’ (Jobo10:1, 15) Le hoja Jobo a ne a aparetsoe
¯
ke mathata, o ile a hana ho furalla ’Mopi oa hae. (Jobo 2:10) Liphetoho tse ileng tsa e-ba teng bophelong ba hae, ha lia ka tsa
fetola seo a leng sona. Kahoo, Jobo o re behetse mohlala oa ho
mamella.
Ha u tobana le mathata, le uena u ka ’na ua ikutloa ‘u nyoˇ
nya bophelo ba hao.’ Empa joaloka Jobo, u ka bontsa hore
maemo a fetohang ha a fetole seo u leng sona, u lutse u tiile
boikemisetsong ba hao ba ho sebeletsa Jehova Molimo. Jakobo
o ile a ngola, a re: “Bonang! Re phatlalatsa hore ba mameletseng ba thabile. Le utloile ka mamello ea Jobo ’me
le bone phello eo Jehova a ileng a fana ka eona, hore
Jehova o na le lerato le mofuthu haholo ’me o mohau.” (Jakobo 5:11) O ne a tsotella Jobo, ’me le
uena oa u tsotella!
14
Na ha ho
molemo hore
ke mpe ke
ipolaee?
“HO MOLEMO ha nka ichoella ho feta ha ke phela.” Mantsoe ao
a builoe ke mang? Na a builoe ke motho ea neng a sa lumele ho
Molimo? Na a builoe ke motho ea neng a furaletse Molimo?
Kapa na a builoe ke motho eo Molimo a neng a mo furaletse?
Che, ha ho joalo. A builoe ke Jonase ea neng a inehetse ka ho
teba empa a tsielehile.—Jonase 4:3, Today’s English Version.
Bibele ha e re Jonase o ne a le mothating oa ho ipolaea. Leha
ˇ
ho le joalo, boipiletso ba hae bo bontsang tsieleho bo senola taba
ea bohlokoa ea hore ka linako tse ling, esita le mohlanka oa Molimo a ka ikutloa a sithabetse.—Pesaleme ea 34:19.
Bacha ba bang ba ikutloa ba nyahame hoo ba sa boneng leˇ
baka la hore ba ’ne ba phele. Ba ka ’na ba ikutloa ka tsela e tsoanang le ea Laura ea lilemo li 16, ea reng: “Ho se ho fetile lilemo,
ke e-na le bothata ba ho tepella maikutlo. Hangata ke nahana ho
ipolaea.” U ka etsa’ng haeba u tseba motho ea buileng ka hore o
batla ho ipolaea, kapa haeba uena u nahana ka hona? A re hlahlobe hore na ke hobane’ng ha batho ba ka ’na ba ikutloa ka tsela eo.
Se Bakang ho Nyahama
Ke hobane’ng ha motho a ka nahana ho ipolaea? Ho na le
mabaka a mangata a amehang. Lebaka le leng ke hore re phela
‘linakong tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona,’ ’me bacha ba bangata ba tobana le mathata a tebileng bophelong. (2 Timothea 3:1) Athe lebaka le leng ke hore kaha batho ha
baa phethahala, ba bang ba lula ba nahana ka lintho tse ba nyahamisang le ka maemo a bophelo a sa thabiseng. (Baroma 7:22ˇ
24) Ka linako tse ling sena se bakoa ke hore ba tsoeroe hampe.
Maemong a mang, e ka ’na eaba motho oa kula. Ho hlokomelehang ke hore naheng e ’ngoe batho ba fetang 90 ho ba lekholo ba
ˇ
ileng ba ipolaea, ba ne ba tsoeroe ke lefu le itseng la kelello.1
Ke ’nete hore ha ho motho ea sa hlaheloeng ke mathata. Ha
¯
e le hantle, Bibele e re “popo eohle e ntse e tsoela pele ho bobola
hammoho le ho ba bohlokong hammoho.” (Baroma 8:22) Sena
ˇ
1 Empa ke habohlokoa ho hlokomela hore bacha ba bangata ba tsoeroeng ke lefu la
kelello ha ba ipolaee.
Na ha ho molemo hore ke mpe ke ipolaee? 99
haeba u ikutloa u sithabetse
ˇ
Esita le banna le basali ba tsepahalang ba mehleng
ea Bibele, ba ne ba sithabela ka linako tse ling ka lebaka
ˇ
la matsoenyeho a bophelo. Nahana ka mehlala e meng.
Rebeka: “Haeba ho ka tsela ena, hantle-ntle ke
phelela’ng?”—Genese 25:22.
¯
Moshe: “Ka kopo mpolaee, . . . ’me ke se ke ka talima
tlokotsi ea ka.”—Numere 11:15.
Elia: “Jehova, tlosa moea oa ka, etsoe ha ke molemo
ho feta baholo-holo ba ka.”—1 Marena 19:4.
Jobo: “Hoja u ka mpata Sheole, . . . ua ntekanyetsa
nako ’me ua nkhopola!”—Jobo 14:13.
Maemong ana a boletsoeng ka holimo, qetellong
lintho li ile tsa ntlafala—ka tsela eo motho ea nyahameng
a neng a sa e lebella. Kholiseha hore ho ka etsahala se
ˇ
tsoanang le ho uena!
se akarelletsa bacha. Bonneteng, bacha ba ka angoa ka ho teba
ke lintho tse bohloko tse etsahalang, tse kang tse latelang:
˘ Ho shoeloa ke mong ka bona, motsoalle kapa phoofolo ea
lapeng
˘ Liqhoebeshano ka lapeng
˘ Ho feila sekolong
˘ Ho hlaloa ke mohlankana kapa kharebe
ˇ
˘ Ho tsoaroa hampe (ho akarelletsang ho hlekefetsoa ’meleng kapa ka thobalano)
Ke ’nete hore ka nako e ’ngoe bacha ba ka ’na ba hlaheloa ke
e ’ngoe ea lintho tsena tse boletsoeng ka holimo. Ke hobane’ng
100 bacha baa botsa
BALA
BALA HO
HO EKETSEHILENG
EKETSEHILENG KA
KA TABA
TABA ENA
ENA
BUKENG
BUKENG EA
EA 2,
2, KHAOLONG
KHAOLONG EA
EA 99
ha ba bang ba khona ho sebetsana le maemo aa ka katleho ho
feta ba bang? Litsebi li re bacha ba batlang ho tela ba nka hore ha
ho motho ea ka ba thusang le hore mathata a bona a ke ke a rarolloa. Ka mantsoe a mang, bacha bao ha ba bone eka lintho li tla
ke li loke. Hase hore ba hlile ba batla ho shoa; ba mpa feela ba batla hore ba se ke ba hlola ba utloa bohloko.
Na ha ho Seo ba ka se Etsang?
E ka ’na eaba u tseba motho e mong ea batlang ho khaotsa
ho utloa bohloko—hoo a buileng ka hore o batla ho ipolaea.
Haeba ho joalo, u ka etsa’ng?
Haeba motsoalle oa hao o tsielehile hoo a batlang ho ipolaea,
¯
mo khothalletse hore a kope thuso. Esita le haeba a sa batle hore
u bolelle ba bang, bolella motho e moholo ea nang le boikarabeˇ
¯
lo. U se ke ua tsoenyeha ka hore u tla qhala setsoalle sa lona. Ha
u etsa joalo, u ka ’na ua pholosa motsoalle oa hao!
Empa u ka etsa’ng haeba e le uena ea nahanang ho ipo¯
laea? Kopa thuso. Bolella motho e mong hore na u ikutloa joang
—motsoali, motsoalle, kapa motho leha e le ofe ea tsotellang ea
tla u mamela a be a nke taba ea hao ka ho teba. Ha u bolella ba
bang mathata a hao, u ke ke ua hlaheloa ke letho le lebe, ho e-na
le hoo u tla thuseha.1
Ke ’nete hore ho bua ka mathata a hao ho ke ke ha etsa hore
a nyamele. Empa ho ka ’na ha u thusa hore u a shebe ka tsela e
loketseng, ’me e ka ’na eaba ntho feela eo u e hlokang hore u a
ˇ
ˇ
rarolle ke ho fumana tsehetso ea motho eo u mo tsepang. Ho ka
ba ha u thusa hore u fumane tharollo.
Lintho Lia Fetoha
Ha u tsielehile hopola ntlha
ena: Ho sa tsotellehe hore na
boemo bo ka ’na ba bonahala bo
le bobe hakae, ha nako e ntse e ea
1 Bakreste ba tsielehileng ba ka boetse ba
thusoa ke baholo ba phutheho.—Jakobo 5:
14, 15.
NA U NE U TSEBA . . .
?
Ha motho a ipolaea seo
ha se ame eena feela,
empa se boetse se ama le
batho ba mo ratang ba
setseng.
Na ha ho molemo hore ke mpe ke ipolaee? 101
ˇ
Ho nyahama ho tsoana
le ha maru a koahetse
—ho tla feta ha nako e
ntse e ea
lintho li tla fetoha. Mopesaleme Davida ea neng a kopane le mathata a mangata bophelong, o ile a rapela Molimo a re: “U fetotse ho siama ha ka hore e be motjeko bakeng sa ka.”—Pesaleme ea 30:11.
Ka sebele, Davida o ne a sa lebella hore o tla lula a tjeka ka
ho sa feleng. O ne a tseba hore bophelong, mathata aa tla a be a
fete. Na u hlokometse hore see ke se etsahalang ha u e-na le mathata? A mang a ka ’na a bonahala a sithabetsa—mohlomong
hajoale. Empa e-ba le mamello. Maemo aa fetoha, ’me hangata
aa ntlafala. Maemong a mang, mathata a ka ’na a fokotseha ka
litsela tseo u neng u sa li lebella. Athe maemong a mang teng, u
ka ’na ua fumana tsela ea ho sebetsana le boemo boo, eo u neng
u sa e nahana. Taba ke hore mathata a u nyahamisang ha a na
KELETSO
ho lula a le teng ka ho sa feleng.
—2 Bakorinthe 4:17.
Ha u ikutloa u hloname,
ikoetlise ka ho tsamaea
ka potlako. Ho tsoela ka
ntle le ho ikoetlisa ho ka
etsa
ˇ hore u khobe matsoafo ’me u ikutloe u
phetse hantle.
102 bacha baa botsa
Bohlokoa ba Thapelo
Thapelo ke ea bohlokoa ebile ke tsela e ka sehloohong ea
ho buisana le Molimo. U ka rapela joaloka Davida ea ileng a re:
“Mpatlisise ka hohle, Molimo, ’me
=
¯
¯
“Likopo tsa lona tse matla li ke li tsebisoe
Molimo; ’me khotso ea Molimo e fetang
¯
monahano oohle
¯ e tla lebela lipelo tsa lona le
matla a lona a kelello.”—Bafilipi 4:6, 7.
˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙
u tsebe pelo ea ka. Ntlhahlobe, ’me u tsebe menahano ea ka e
ntlhokisang botsitso, u bone hore na ho na le tsela leha e le efe e
bohloko ka ho ’na, u ntsamaise tseleng ea nako e sa lekanyetsoang.”—Pesaleme ea 139:23, 24.
Thapelo hase seikokotlelo sa ha ho le thata feela. Ke puisaˇ
no ea sebele le Ntate oa hao oa leholimo, ea batlang hore ‘u tsollele pelo ea hao’ ho eena. (Pesaleme ea 62:8) Nahana ka lintlha
tse latelang tseo e leng linnete tsa motheo ka Molimo:
˘ O tseba hantle maemo a u nyahamisang.—Pesaleme ea
103:14.
˘ O u tseba ho feta kamoo uena u itsebang kateng.—1 Johanne 3:20.
˘ ‘Oa u tsotella.’—1 Petrose 5:7.
ˇ
˘ Lefatseng la hae le lecha, Molimo o tla “hlakola meokho
ˇ
eohle” mahlong a hao.—Tsenolo 21:4.
seo ke rerang ho se etsa!
Haeba ke ikutloa ke se na thuso ebile ke sa ratoe, ke tla
bolella (ngola lebitso la motho eo u ka mo phetlelang sefuba)
ı .................................................................................................................................
Tlhohonolofatso eo ke e fumaneng bophelong, eo nka
nahanang ka eona ka kananelo ke
.................................................................................................................................
Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba
ka tabeng ena ke
.................................................................................................................................
.................................................................................................................................
‘‘
Ka linako tse ling, ke ne ke tepella maikutlo hoo
ke neng ke batla ho shoa, empa hona joale ke
ikutloa ke phetse, ’me ke thusitsoe ke ho
phehella thapelong le ho ea ngakeng.
—Heidi
’’
Haeba Bothata bo Bakoa ke Bokuli bo Itseng
Joalokaha ho boletsoe pejana, hangata maikutlo a ho batla
ho ipolaea a bakoa ke bokuli bo itseng. Haeba ho joalo le ka
¯
uena, u se ke ua ba lihlong ho kopa thuso. Jesu o ile a lumela
hore batho ba kulang ba hloka ngaka. (Matheu 9:12) Ho thabisang ke hore maloetse a mangata a ka phekoloa. ’Me phekolo e
ka ’na ea u thusa hore u ikutloe u hlaphohetsoe!1
ˇ
Bibele e fana ka tsepiso e khothatsang e le kannete—ea
ˇ
hore lefatseng le lecha la Molimo, “ha ho moahi ea tla re: ‘Kea
kula.’ ” (Esaia 33:24) Molimo o re ka nako eo, “lintho tsa pele li
ke ke tsa hopoloa, kapa tsa fihla ka pelong.” (Esaia 65:17) Hajoale, etsa sohle se matleng a hao ho sebetsana le maemo a thata bophelong, u kholisehile hore ka nako e loketseng ea Molimo,
ˇ
ho tepella maikutlo ho ke ke ha hlola ho e-ba teng.—Tsenolo
21:1-4.
1 Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, sheba Khaolo ea 13 bukeng ena.
Batsoali ba hao ba batla ho tseba ntho
e ’ngoe le e ’ngoe ka bophelo ba hao—esita
le lintho tseo u sa
¯
batleng hore ˇba li tsebe. Na u ka hlola ntoeng ee ea ho batla
ho ba boinotsing?
KHAOLONG E LATELANG
U NAHANA’NG KA SEE?
˘ Esita le mathata a tebileng ke a nakoana feela. Ho
nahana ka ntlha eo ho ka u thusa joang?
˘ Ke ka tsela efe ho ipolaea ho fetisetsang mathata a
motho ho batho ba bang?
104 bacha baa botsa
15
Na ke phoso hoˇ batla
ho ba boinotsing?
ˇ
Tsoaea ho seo u ka ’nang ua se bua maemong a
latelang:
1. U ka kamoreng
ˇ ea hao u koetse monyako,
ngoan’eno o itsohlometsa feela a sa kokote.
ˇ
ı O ‘Ha ke na bothata. Ka nako e ’ngoe le ’na ke itsohlometsa
feela ka kamoreng ea hae.’
O ‘O hloka mekhoa hakaakang! O ne a tla etsa’ng ha a ne
a ka mphumana ke ntse ke apara?’
2. U sa tsoa fihla lapeng, ’me joale batsoali ba qala
ho u hloma lipotso. “U tsoa kae? U ne u etsa’ng?
U ne u e-na le mang?”
O ‘Ha ke na bothata. Etsoe ke tloaetse ho ba bolella ntho
e ’ngoe le e ’ngoe.’
ˇ
O ‘Ho nyahamisa hakaakang! Batsoali ba ka ha ba ntsepe!’
ˇ
HA U ne u sa le monyenyane, mohlomong ho ba boinotsing e ne
ˇ
e se ntho ea bohlokoa hakaalo. Ha ngoan’eno a ne a itsohlometsa
feela ka kamoreng ea hao, u ne u thabela boteng ba hae. Ha batsoali ba hao ba ne ba u botsa potso, u ne u ba araba u sa qeaqee.
Ka nako eo, batho ba ne ba tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka uena.
Hona joale e ka ’na eaba u lakatsa ho qeta nako e eketsehileng u
ˇ
le boinotsing. Corey ea lilemo li 14 o re: “Ke rata ho ipolokela lintho tse ling e le lekunutu.” A re hlahlobe maemo a mabeli ao ho
’ona ho ka ’nang ha e-ba thata hore u fumane nako ea ho ba boiˇ
notsing.
ˇ
Ha U Batla ho ba Boinotsing
Ho na le mabaka a ’maloa a utloahalang ao u ka batlang ho ba
ˇ
boinotsing ka ’ona. Mohlomong u mpa u batla hore u ke u “phomole hanyenyane.” (Mareka 6:31)
Kapa ha u batla ho rapela, u ka ’na
NA U NE U TSEBA . . .
ua etsa seo Jesu a ileng a eletsa
Ha u bua le batsoali
barutuoa ba hae hore ba se etse,
ba hao ka bolokolohi,
ha a ne a re, “u kene ka kamoreng
ba ke ke ba u belaella
ea hao ’me, ka mor’a hore u koahakaalo.
le monyako oa hao, u rapele Ntat’ao.” (Matheu 6:6; Mareka 1:35)
?
106 bacha baa botsa
=
“Etsa sohle se matleng a hao ho itlhahisa u
amoheleha ho Molimo, mosebetsi eo ho seng
letho leo a ka hlajoang ke lihlong ka lona.”
—2 Timothea 2:15.
˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙
Bothata ke hore ha u koala monyako oa kamore ea hao (haeba u
na le eona), batsoali ba hao ba ka ’na ba se ke ba nahana hore ua
rapela! Le banab’eno ba ka ’na ba se ke ba utloisisa hore u batla ho
ˇ
ba boinotsing.
Seo u ka se etsang. Ho e-na le ho loanela taba ea ho batla ho
ˇ
ba boinotsing, etsa lintho tse latelang:
˘ Leka ho behela banab’eno melao e seng mekae e utloahaˇ
lang e le hore ba u fe nako ea ho ba boinotsing. Haeba ho hloka¯
hala, kopa batsoali hore ba u thuse tabeng ena.1
˘ Leka ho utloisisa tsela eo batsoali ba hao ba talimang lintho
ka eona. Rebekah ea lilemo li 16 o re: “Ka linako tse ling batsoali ba ka ba batla ho tseba hore na ke ntse ke etsa’ng. Empa ho
bua ’nete, le ’na haeba ke ne ke le
motsoali ke ne ke tla batla ho tseKELETSO
ba hore na ngoana oa ka o ntse
a etsa’ng—kaha ke tseba liteko
Ha u bua le batsoali
ba hao ka taba ea hore u
tsohle tseo bacha ba tobanang le
hloka
tsona kajeno!” Na le uena joaloka
ˇ nako ea ho ba boinot
sing,
u se ke ua
Rebekah u utloisisa lebaka leo batletleba.
Bua ka lintho tse
ˇ
ˇ
tsoali ba hao ba tsoenyehileng ka
u tsoenyang. Phapang ke
lona?—Liproverbia 19:11.
efe? Ha u tletleba u tseˇ
pamisa maikutlo linthong
˘ Ipotse ka botsepehi: ‘Na ho
tseo u nahanang hore bana le seo nkileng ka se etsa se
tsoali ba hao ba fositse
fang batsoali ba ka lebaka la ho beho tsona. Haˇ u bua ka lilaella hore ha ke le mong ke etsa
ntho tse u tsoenyang, seo
lintho tse tsoileng tseleng? Na ke
se le¯ thusa hore kaofela
’nile ka ba patela lintho tseo ke
ha lona le tsepamise maikutlo tabeng ea ho
li etsang hoo ba nkang hore ba
fumana tharollo.
1 Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng,
sheba Khaolo ea 6 bukeng ena.
ˇ
Na ke phoso ho batla ho ba boinot sing? 107
‘‘
Kaha batsoali ha ba batle hore u hlaheloe ke
lintho tse mpe, ka linako tse ling ho ka ’na ha
ˇ
bonahala eka ba kena-kenana le ho ba boinotsing
ha hao. Hoo ho bonahala eka hase toka. Empa ho
bua ’nete, haeba ke ne ke le motsoali mohlomong
ˇ
ke ne ke tla etsa se tsoanang.
—Alana
’’
tlameha ho loha maano a hore ba tsebe se etsahalang bophelong
ba ka?’ Haeba u araba lipotso tsena ka che, empa ho ntse ho boˇ
nahala eka batsoali ba hao ha ba u tsepe, ba bolelle u khobile maˇ
tsoafo le ka tlhompho hore na u ikutloa joang. Mamela ka hloko liˇ
ntho tseo ba tsoenyehileng ka tsona ’me u tiise hore ha ho letho
leo u le etsang le tlatsetsang bothateng boo.—Jakobo 1:19.
Ha U Theha Setsoalle
Ho tloaelehile hore nakong ea bocha u etse botsoalle le batho
ba bang bao e seng ba lelapa. Ebile ho tloaelehile hore batsoali ba
hao ba ipotse hore na metsoalle ea hao ke bo-mang le hore na u
etsa’ng ha u e-na le eona. Empa ka linako tse ling u ka ’na ua nka
ˇ
hore batsoali ba hao ba mpa ba tsoenyeha feela ho sa hlokahale.
Amy ea lilemo li 16 o re: “Ke mpa feela ke batla ho sebelisa selefouno ea ka le ho ngola melaetsa ea e-mail ntle le hore nako le
nako batsoali ba ka ba batle ho tseba hore na ke ntse ke bua le
mang.”
Seo u ka se etsang. Ho e-na le ho lumella metsoalle ea hao
hore e bake lekhalo pakeng tsa hao le batsoali ba hao, leka ho sebelisa litlhahiso tsena tse latelang:
˘ Bolella batsoali ba hao hore na metsoalle ea hao ke bomang. Etsoe u ka ’na ua se ke ua rata hore batsoali ba hao ba iketse mafokisi, empa ba tla etsa’ng haeba metsoalle ea hao e le ea
sekhukhu? Batsoali ba hao ba ka ’na ba phutholoha haholoanyane ka metsoalle eo u e khethang, haeba ba tseba hantle hore na u
qeta nako u e-na le bo-mang.
ˇ
˘ Bua ’nete: Na bothata ke ho ba boinotsing kapa ke ho pata
ho itseng? Brittany ea lilemo li 22, o re: “Haeba u ntse u lula
ˇ
lapeng ’me batsoali ba hao ba tsoenyehile ka taba e itseng, u
108 bacha baa botsa
ˇ
ˇ
Ho tseptjoa ho tsoana le ho
fumana moputso—motho o
tlameha ho ho sebeletsa
lokela ho ipolella hore, ‘Seo
ke se etsang hase phoso, kahoo ke hobane’ng ha ke lokela ho se pata?’ Ka lehlakoreng le leng, haeba u lokela
ho se pata, joale ho na le ho
hong ho phoso.”
Seo U ka se Nahanang ka
ˇ
ho ba Boinotsing
Joale u tla ba le monyetla oa ho nahana ka litsela tse
ling tseo ka tsona u ka raroˇ
llang bothata boo ka ho khetheha bo u tsoenyang mabapi le ho ba
ˇ
boinotsing. Meleng e ka tlaase mona, ngola likarabo tsa lipotso tse
botsitsoeng mehatong e latelang:
Mohato oa Pele: Qolla bothata. Ke boemong bofe boo ho bona
ˇ
u ka ratang ho ba le nako e eketsehileng ea ho ba boinotsing?
ı ..................................................................................................
..................................................................................................
seo ke rerang ho se etsa!
ˇ
ˇ
E le hore batsoali ba ka ba ntsepe (kapa ba boele ba ntsepe),
ke tla
ı .................................................................................................................................
.................................................................................................................................
Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali
ba ka tabeng ena ke
.................................................................................................................................
.................................................................................................................................
Mohato oa Bobeli: Nahana ka maikutlo a batsoali ba hao.
ˇ
U nahana hore ke hobane’ng ha ba tsoenyehile?
..................................................................................................
..................................................................................................
..................................................................................................
Mohato oa Boraro: Batla tharollo. Ke ka tsela efe e ka ’nang
eaba u tlatsetsa bothateng boo empa u sa hlokomele? U ka etsa liphetoho life mabapi le karabo ea hao potsong ee? U ka rata hore
ˇ
batsoali ba hao ba etse’ng ka lintho tseo u tsoenyehileng ka tsona?
..................................................................................................
..................................................................................................
..................................................................................................
..................................................................................................
Mohato oa Bone: Bua le bona. Hlalosa kamoo u ka ’nang ua
qala ho buisana le batsoali ba hao ka taba ea ho batla ho ba boinoˇ
tsing.
..................................................................................................
..................................................................................................
..................................................................................................
Na u hlokahaletsoeˇ ke motsoali e
mong? Haeba ho joalo, u ka fumana matseliso hokae?
KHAOLONG E LATELANG
U NAHANA’NG KA SEE?
˘ Ke hobane’ng ha batsoali ba hao ba lokela ho tseba
lintho tse etsahalang bophelong ba hao?
˘ Ho leka ho ntlafatsa tsela eo u buisanang le batsoali
ba hao ka eona ho ka ’na ha u thusa joang hore u
buisane le batho ba bang ba baholo nakong e tlang?
110 bacha baa botsa
16
Na tsela eo ke sareloang
ka eona e tloaelehile?
`
“Ha ’Me a hlokahala, ke ile ka ikutloa ke
lahlehetsoe ’me ke sithabetse. Ke eena ea
neng a momahantse lelapa leso.”—Karyn.
HO HLOKAHALLOA ke motsoali ke e ’ngoe ea lintho tse bohloko ka ho fetisisa bophelong. Ka mor’a moo, u ka ’na ua tlameha ho
ˇ
loantsana le maikutlo a fapaneng ao u qalang ho ba le ’ona. Brian
ea neng a le lilemo li 13 ha ntate oa hae a bolaoa ke lefu la pelo, o
re: “Bosiung boo Ntate a hlokahetseng ka bona, sohle seo re ileng
ra se etsa ke ho lla le ho hakana feela.” Natalie ea neng a le lilemo
li leshome ha ntate oa hae a bolaoa ke lefu la kankere, o re: “Ke ne
Le hoja khaolong ena ho buuoa ka ho khetheha
ka taba ea
ˇ
ho shoeloa ke motsoali, melao-motheo e tsohliloeng mona ea
sebetsa le ha motho a shoetsoe ke setho se seng sa lelapa kapa
motsoalle ea haufi.
‘‘
Ke ile ka bipetsa maikutlo a ka. Haeba ke ne
ˇ
ke a ntsitse, nka be ke ile ka thuseha. Seo se ka
be se nthusitse ho amohela se etsahetseng.
—David
’’
ke sa tsebe hore na ke etse’ng. Kahoo ke ile ka ema hlooho. Ka
ikutloa ke rebehile.”
ˇ
Lefu le ama batho ka litsela tse sa tsoaneng. Ha e le hantle, Bibele e re “e mong le e mong” o na le “lefu la hae le bohloko ba hae.”
(2 Likronike 6:29) Ka lebaka leo, ak’u nahane ho se hokae kamoo
lefu la motsoali oa hao le u ammeng kateng. Ka tlaase mona, hlalosa (1) kamoo u ileng ua ikutloa kateng ha u ne u qala ho tseba
hore motsoali oa hao o hlokahetse le (2) kamoo u ikutloang kateng hona joale.1
ı 1 ...............................................................................................
..................................................................................................
..................................................................................................
2 ...............................................................................................
..................................................................................................
..................................................................................................
?
NA U NE U TSEBA . . .
ˇ
Ho lla ha ho bontse hore
motho oa fokola. Esita le
banna ba neng ba le
matla ba kang Abrahama,
Josefa, Davida le Jesu ba
ile ba lla ha ba ne ba
utloile bohloko.—Genese
23:2; 50:1; 2 Samuele 1:
11, 12; 18:33.
Mohlomong likarabo tsa hao li
ˇ
bontsa hore tsela eo u ikutloang
ka eona e batla e khutlela setloaeling. Boo ke boikutlo ba tlhaho.
Hoo ha ho bolele hore u se u lebetse motsoali oa hao. Ka lehlakoreng le leng, e ka ’na eaba u ntse u
ikutloa u saretsoe kapa u bile u saretsoe le ho feta. Mohlomong boˇ
hloko boo u bo utloang bo tsoana
1 Haeba hona joale u thatafalloa ho araba
lipotso tsena, u ka ’na ua leka ho li araba hamorao.
112 bacha baa botsa
‘‘
Ntate o ne a qetile lilemo tse
ka bang hlano a kula, ’me boemo ba hae bo
ne bo ntse bo mpefala. Ke ne ke le lilemo li
16, ha a ipolaea.
`
Ka mor’a moo, ’na le khaitseli’a ka,’Me
o ile a re tsebisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e
neng e etsahala. O ile a ba a re lumella hore
re mo thuse ho etsa liqeto mabapi le lepato.
Seo se ile sa re nolofalletsa lintho. Ke nahana hore bana ha ba rate ho pateloa lintho
tse etsahalang—haholo litaba tsa bohlokoa joaloka tseo. Ha nako e ntse e feta,
ke ile ka khona ho bua ka bolokolohi
ka lefu la Ntate. Neng le neng
ha ke batla ho lla, ke ne ke ea
sebakeng se itseng kapa ho
motsoalle ea itseng ebe kea
lla. Keletso ea ka ke hore:
Ha u batla ho bua ka taba
ena, buisana le ba lelapa le
metsoalle. Etsa ntho leha e le
efe e tla u thusa ha u saretsoe.
CHANTELLE O RE:
’’
`
LEAH O RE:
Ha ke le lilemo li 19, ’Me o
ile a otloa ke setorouku se matla ’me a
hlokahala lilemo tse tharo hamorao. Ka
mor’a lefu la hae, ke ne ke nka hore ke
tlameha ho itiisa. Ntate o ne a tla
utloa bohloko haholo haeba ke
ne nka sithabetsoa ke seo.
¯
`
Ha ke ntse ke hola, ’Me o
ne a ntlhokomela ha ke kula
kapa ke sa thaba. Ke sa hoˇ
pola kamoo a neng a ntsoara
‘‘
kateng ha a ne a batla ho utloa hore na ke na le feberu kapa che.
Hangata, ke utloa bohloko ha ke hopola hore ha a sa le eo. Ke atisa ho bipetsa maikutlo a ka ’me seo se kotsi. Kahoo ka linako tse
ling ke sheba linepe tsa hae e le hore ke lle. Ho buisana le metsoaˇ
lle le hona hoa thusa. Bibele e tsepisa hore bafu ba tla tsosetsoa
ˇ
ˇ
lefatseng la paradeise. (Johanne 5:28, 29) Ha ke nahana ka tsepo
`
eo ke nang le eona ea ho boela ke bona ’Me—le ha ke nahana ka
seo ke lokelang ho se etsa e le hore ke be teng moo—bohloko ba
ho sareloa boa kokobela.
’’
‘‘
BETHANY O RE:
Ke lakatsa eka nka be ke hopola ha ke
ne ke re ho Ntate, ‘Kea u rata.’ Ke lumela hore nkile ka mo
bolella, ke mpa feela ke sa hopole ’me nka rata ho hopola
ke mo bolella seo. Ke ne ke le lilemo li hlano feela ha a
hlokahala.
Ntate o ile a otloa ke setorouku a robetse ’me a potlakisetsoa
sepetlele. Hoseng ka le hlahlamang ha ke tsoha, ke ile ka bolelloa
hore o hlokahetse. Ka mor’a moo,
ke ne ke thatafalloa ho bua ka
eena, empa hamorao ke ile ka thabela ho utloa lintho tse phetoang
ka eena kaha li ile tsa nthusa hore
ke mo tsebe haholoanyane. Keletso ea ka ho mocha leha e le ofe
ea shoetsoeng ke motsoali ke
hore u thabele nako eo u e qetileng u e-na le motsoali oa hao ’me
u ngole lintho tseo u li hopolang e
le hore u tle u se ke ua li lebala.
Ebe u etsa sohle se matleng a hao
ho haha tumelo ea hao e le hore u
tle u be teng ha motsoali oa hao a
ˇ
tsosoa bafung lefatseng le lecha la
Molimo.
’’
Bohloko bo ˇ tlisoang ke
lefu bo ka tsoana le
maqhubu
a khahlellanang
¯
ˇ
lebopong ka tsohanyetso
ˇ
le maqhubu a leoatle le khutsitseng ao ka tsohanyetso a befang
¯
ebe “a khahlellana lebopong.” Boikutlo boo le bona ke ba tlhaho
—esita le haeba ho se ho fetile lilemo motsoali oa hao a hlokahetse. Potso ke hore na, U ka sebetsana le boemo boo joang—ho sa
tsotellehe hore na u utloile bohloko hakae?
U se ke ua thiba likhapha! Ho lla ho kokobetsa ho sareloa.
Leha ho le joalo, u ka ’na ua ikutloa joaloka Alicia. O ne a le lilemo
`
li 19 ha ’me oa hae a hlokahala. Alicia o re: “Ke ne ke nahana hore
ˇ
ha ke bontsa hore ke hlomohile haholo, ba bang ba tla bona eka ke
fokolloa ke tumelo.” Empa hopola: Jesu Kreste e ne e le motho ea
phethahetseng a bile a e-na le tumelo e matla ho Molimo. Empa,
ˇ
o ile “a ntsa meokho” ha a bona batho ba siameng ka lebaka la lefu
la motsoalle oa hae Lazaro. (Johanne 11:35) Kahoo u se ke ua
ˇ
tsaba ho lla. Seo ha se bolele hore u fokolloa ke tumelo! Alicia o re:
“Qetellong ke ile ka lla haholo. Ke ne ke lla letsatsi le chabang le le
likelang.”1
KELETSO
Bua ka se etsang hore u ikutloe u le molato. Karyn ea neng
Ngola kamoo u ikutloang
`
a le lilemo li 13 ha ’me oa hae a
kateng. Ho ngola seo u se
Ä
1 U seˇ ke ua nka hore u tlameha ho lla e le
ho bontsa hore uˇ saretsoe. Batho ba sareloa
ka litsela tse sa tsoaneng. Ntlha ea bohlokoa
ke hore: Ha u utloa likhapha li tla, u tsebe
hore e ka ’na eaba ke “nako ea ho bokolla.”
—Moeklesia 3:4.
nahanang ka motsoali oa
hao ea hlokahetseng ho
ka u thusa haholo hore u
sebetsane le ho sareloa.
Na tsela eo ke sareloang ka eona e tloaelehile? 115
ngola seo u se nahanang
Ngola lintho tse ling tse thabisang tseo u li hopolang ka
motsoali oa hao.
ı
Ngola lintho tseo u lakatsang eka u ka be u mo boleletse tsona
ha a ntse a phela.
Nka hore u na le ngoan’eno e monyenyane ea itjarisang molato
¯
ka lefu la motsoali oa lona. Ngola seo u neng u ka se bua ha u
ˇ
ˇ
mo tselisa. (Sena se ka u thusa hore u loantse boikutlo ba ho
ipeha molato.)
Thathamisa lintho tse seng kae tseo u lakatsang ho li tseba ka
¯
motsoali oa hao ea hlokahetseng, ebe u kopa ea setseng hore
ˇ
le tsohle e ’ngoe ea tsona.
ˇ
Bala Liketso 24:15. Tsepo e boletsoeng temaneng ee e u thusa
joang hore u mamelle bohloko ba ho shoeloa ke motsoali?
116 bacha baa botsa
hlokahala, o re: “Kamehla bosiu pele ke robala, ke ne ke ea ka ka`
moreng ea ’Me ho ea mo aka. Bosiung bo bong ha kea ka ka mo
`
aka. Hoseng ka le hlahlamang, ’Me o ne a hlokahetse. Le hoja e le
ho sa utloahaleng, ke ikutloa ke le molato ka hore ebe ha kea ka
ka mo bona bosiung boo—le ka lintho tse ngata tse ileng tsa etsahala hoseng ka le hlahlamang. Ntate o ne a tsamaile ka mosebetsi
`
’me a itse ’na le ausi oa ka re sale re hlokometse ’Me. Empa re ile
ra lieha ho tsoha. Ha ke kena ka kamoreng ea hae o ne a se a sa
heme. Ke ile ka utloa bohloko haholo, kaha o ne a ntse a phela hantle ha Ntate a tsamaea!”
Joaloka Karyn, mohlomong u ikutloa u le molato ka lebaka la
lintho tseo u sa kang ua li etsa. U ka ’na ua boela ua ikutloisa bohloko ka ho ’na u re “hoja ebe.” ‘Hoja ebe ke ile ka phehella Ntate
`
hore a ee ngakeng.’ ‘Hoja ebe ke ile ka e’o hloela ’Me pejana.’ Haeˇ
ba ho nahana ka lintho tse kang tsena ho u tsoenya, hopola: Ke
ntho ea tlhaho hore u ikutloe u le molato ka lintho tseo u lakatsang eka u ka be u li entse ka tsela e fapaneng. ’Nete ke hore u ka
be u li entse ka tsela e fapaneng haeba u ne u tsebile se tla etsahala. Empa u ne u sa tsebe. Ka hona, ha ua lokela ho ikutloa u le molato. Hase molato oa hao hore ebe motsoali oa hao o hlokahetse!1
Hlalosa tsela eo u ikutloang ka eona. Liproverbia 12:25 e
re: “Mantsoe a mosa a tla u hlasimolla.” (Today’s English Version)
ˇ
1 Haeba u tsoela pele ho tsoenngoa ke maikutlo ao, bolella motsoali oa hao ea setseng kapa motho e mong e moholo hore na u ikutloa joang. Ha nako e ntse e ea, u tla
talima lintho ka tsela e loketseng.
seo ke rerang ho se etsa!
Ha ke sithabetse ka lebaka la ho sareloa, ke tla
ı .................................................................................................................................
.................................................................................................................................
Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali oa ka ea setseng
tabeng ena ke
.................................................................................................................................
.................................................................................................................................
=
“[Molimo] o tla hlakola meokho eohle
mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le
e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla
kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng.
ˇ
Lintho tsa pele li fetile.”—Tsenolo
21:4.
˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙
Ha u bipetsa maikutlo u ka ’na ua thatafalloa ho tobana le boemo
bona bo bohloko. Ka lehlakoreng le leng, ho hlalosetsa motho e
mong tsela eo u ikutloang ka eona ho tla u bulela monyetla oa
hore a u khothatse ka “mantsoe a mosa” nakong eo u saretsoeng.
Bua le Molimo. U ka ’na ua ikutloa u imolohile ka mor’a hore
ˇ
u ‘tsollele pelo ea hao’ ho Jehova Molimo ka thapelo. (Pesaleme
ea 62:8) Thapelo hase feela tsela ea ho kokobetsa bohloko. Ha u
ˇ
ˇ
rapela, u ipiletsa ho “Molimo oa matseliso ’ohle, ea re tselisang
ˇ
¯
matsoenyehong ’ohle a rona.” (2 Bakorinthe 1:3, 4) Tsela e ’ngoe
ˇ
eo Molimo a re tselisang ka eona ke ka Lentsoe la hae, e leng Biˇ
bele. (Baroma 15:4) U ka thathamisa mangolo a u tselisang ka ho
khetheha.1
ˇ
Ho sareloa ho nka nako. Empa Bibele e fana ka matseliso,
ˇ
ˇ
kaha e re tiisetsa hore lefatseng le lecha leo Molimo a tsepisang ho
le tlisa, “lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho
ˇ
bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng.” (Tsenolo 21:
ˇ
3, 4) Le uena u ka ’na ua fumana hore ho thuisa ka litsepiso tse
joalo ho ka ’na ha u thusa hore u tobane le bohloko ba ho shoeloa
ke motsoali.
ˇ
1 Ba bang ba ’nile ba tselisoa ke mangolo a latelang: Pesaleme ea 34:18; 102:17;
147:3; Esaia 25:8; Johanne 5:28, 29.
U NAHANA’NG KA SEE?
˘ Ke hobane’ng ha ho le molemo ho nahana ka lintho
tse u thabisang tseo u li hopolang ka motsoali oa hao
ea hlokahetseng?
˘ Ke hobane’ng ha ho ngola seo u se nahanang ho ka u
thusa hore u sebetsane le ho sareloa?
118 bacha baa botsa
2
SEO U LENG SONA
lintlha tsa botho
ˇ
Ngola litsobotsi tse tharo tseo u nkang hore ke habohlokoa
hore motsoalle oa sebeleˇ a be le tsona. Ebe u ngola seo u ka
se etsang hore u be le litsobotsi tseo kapa u li ntlafatse.
ı
119
3
SE ETSAHALANG HA U LE
SEKOLONG LE HA U SE TENG
121
128
134
142
150
156
Ho Paka ha U le Sekolong
Ho Sebetsana le ho Sithabela
Ho Tlohela Sekolo
Matichere
Nako
Setso
17
Ke
hobane’ng
ˇ
ha ke tsaba
ho paka
sekolong?
“Ke bile le menyetla e metle ea ho buisana le ba
bang sekolong
ka seo ke se lumelang. Empa ke ile ka
ˇ
cha ntsi.”— Kaleb.
¯
“Tichere ea rona e ile ea re botsa ka tlelaseng
hore na re nahana’ng ka taba ea ho iphetola ha lintho.
Ke ne ke tseba hore ona ke monyetla o motle oa hore
ke bue ka seo ke se lumelang. Empa ke ile ka
shashabana ’me ka le nyaea la koloba. Ka mor’a moo,
ke ile ka utloa bohloko haholo.”— Jasmine.
121
HAEBA u mocha oa Mokreste, mohlomong u kile ua ba boemong
bo kang ba Kaleb le Jasmine. E ka ’na eaba le uena u rata linnete
tsa Bibele tseo u ithutileng tsona. Ebile mohlomong u batla ho li
bolella ba bang. Empa e ka ’na eaba u sehoa ke letsoalo ha u nahana ho bua le ba bang ka seo u se lumelang. Leha ho le joalo, u
ka ithuta ho ba sebete. U ka etsa see joang? Leka ho sebelisa litlhahiso tse latelang:
ˇ
1. Hlalosa seo u se tsabang. Ha u nahana ho bolella ba bang
seo u se lumelang, ho bonolo ho nahana ka boemo bo bobe ka ho
fetisisa bo ka etsahalang! Leha ho le joalo, ka linako tse ling, u ka
ˇ
ˇ
ˇ
kokobetsa tsabo ka hore u ngole fatse seo u se tsabang.
Qetela polelo e latelang:
˘ Ha ke bolella bana bao ke kenang sekolo le bona seo ke se
ˇ
lumelang, ke tsaba hore ho ka ’na ha etsahala sena: ı ..............
..................................................................................................
U ka ’na ua khothatsoa ke ho tseba hore le bacha ba bang ba
ˇ
Bakreste ba na le bothata bo tsoanang. Ka mohlala, Christopher
ˇ
ˇ
ea lilemo li 14, o re: “Ke tsaba hore bana ba bang ba tla ntseha
’me ba bolelle ba bang hore kea makatsa.” Kaleb ea qotsitsoeng
ˇ
qalong o re, “Ke ne ke tsaba hore motho e mong a ka ’na a mpotsa potso eo ke tla sitoa ho e araba.”
ˇ
2. Amohela phephetso. Na u mpa u tsaba moru feela o se
na nkoe? Mohlomong ha ho joalo, joalokaha Ashley ea lilemo li
20 a bolela. O re: “Bana ba bang
NA U NE U TSEBA . . .
ba ne ba etsa eka ba thahasella
seo ke se lumelang. Empa hamoE ka ’na eaba tse
rao ba sotha seo ke se buileng ’me
ling tsa liithuti-’moho le
ˇ
ha ba bona ba bang, ba ntsoma.”
uena li khahloa ke hore
Nicole ea lilemo li 17, eena o re:
u khomarela melao
ea
ˇ
Bibele ea boitsoaro,
“Moshanyana e mong o ile a bapiempa li lihlong ho u
sa temana e ’ngoe ka Bibeleng ea
botsa ka seo u se
hae le ka Bibeleng ea ka, ’me li
lumelang.
ˇ
ne li sebelisitse mantsoe a sa tsoaneng. O ile a re Bibele ea ka e fe-
?
122 bacha baa botsa
=
“Kamehla le [itokisetse] ho ikarabella ka
pel’a e mong
ˇ le e mong¯ ea le batlang lebaka
bakeng sa tsepo e ho lona, empa le etsa joalo
le ka maikutlo a bonolo le tlhompho e
tebileng.”—1 Petrose 3:15.
˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙
totsoe. Ke ile ka ema hlooho! Ke ne ke sa tsebe hore na nka
re’ng.”1
ˇ
Ho ba boemong bo kang bona ho ka utloahala ho tsosa haholo! Empa ho e-na le hore u qobe boemo bo joalo, bo amohele e le
phephetso eo u lokelang ho tobana le eona bophelong ba hao ba
Bokreste. (2 Timothea 3:12) Matthew ea lilemo li 13, o re: “Jesu
o itse balateli ba hae ba tla hlorisoa, kahoo re ke ke ra lebella hore
batho bohle ba re rate ka lebaka la seo re se lumelang.”—Johanne 15:20.
3. Nahana ka melemo e ka bang teng. Na ho na le molemo
o ka hlahang boemong boo bo bonahalang bo sa thabise? Amber
ea lilemo li 21, o nahana joalo. O re: “Ho thata ho hlalosetsa batho ba sa hlompheng Bibele seo u se lumelang, empa seo se u
thusa ho utloisisa haholoanyane seo u se lumelang.”—Baroma
12:2.
Ak’u boele u shebe boemo boo u bo hlalositseng Ntlheng
ea Pele. Nahana bonyane ka lintho tse peli tse ntle tse ka hlahisoang ke boemo boo ’me u li ngole ka tlaase mona.
1
2
...............................................
...............................................
Tlhahiso: Ho bolella ba bang
seo u se lumelang ho ka u fokoletsa khatello ea lithaka joang? Ho
etsa seo ho tla ama boikutlo ba
ˇ
hao ba ho itsepa joang? Ho tla
1 Liphetolelo
tsa Bibele li sebelisa mantsoe
ˇ
a sa tsoaneng.ˇ Leha ho le joalo, tse ling li fetoletse ka botsepehi lipuo tseo Bibele e neng
e ngotsoe ka tsona qalong.
KELETSO
Ho e-na le ho bolella liithuti-’moho le uena hore
na li lokela ho lumela eng
kapa ho se lumele eng, li
bolelle ka kholiseho seo
u se lumelang le hore na
ke hobane’ng ha u lumela hore eo ke qeto e
utloahalang.
ˇ
Ke hobane’ng ha ke t saba ho paka sekolong? 123
litsela tsa ho qalisa moqoqo
˘ “U rerile ho etsa’ng lehlabuleng lee?” [Ka mor’a hore a
arabe, mo bolelle lintho tsa moea tseo u rerileng ho li etsa,
ˇ
joaloka ho ea kopanong kapa ho eketsa nako ea hao tsebeletsong.]
˘ Bua ka se hlahileng litabeng, ebe ua mo botsa: “Na u utloile ka taba ee? U nahana’ng ka eona?”
ˇ
˘ “Na u nahana hore mathata a lefatse a lichelete [kapa
mathata a mang] a tla ke a ee moriting? [Emela karabo.]
Ke hobane’ng ha u nahana joalo?”
˘ “Na u kena kereke?”
˘ “U bona eka u tla be u finyelletse eng bophelong lilemong tse hlano tse tlang?” [Ka mor’a hore a arabe, mo bolelle lipakane tsa hao tsa moea.]
ama tsela eo u ikutloang ka eona ka Jehova Molimo joang? Hona
ho tla ama tsela eo a ikutloang ka uena joang?—Liproverbia
23:15.
4. Lula u le malala-a-laotsoe. Liproverbia 15:28 e re: “Pelo
ea ea lokileng ea thuisa e le hore e arabe.” Ntle le ho nahana ka
seo u tla se bua, leka ho nahana ka lipotso tseo ba bang ba ka
’nang ba li botsa. Batlisisa lihlooho tseo ’me u fumane lintlha tseo
u tla nolofalloa ho li hlalosa.—Sheba chate e reng, “Rera Esale
Pele Hore na U Tla Re’ng,” e leqepheng la 127.
5. Kena temeng. U ka etsa’ng haeba u se u itokiselitse ho bolella ba bang seo u se lumelang? U ka sebelisa e ’ngoe ea litsela
ˇ
tsena. Ho bolella ba bang seo u se lumelang ho tsoana le ho sesa:
Batho ba bang ba kena butle ka metsing, ha ba bang bona ba ikaˇ
khela feela. Ka ho tsoanang, u ka qalisa moqoqo ka taba e sa
amaneng le bolumeli ebe u o fetola butle-butle e le hore u leke
ˇ
metsi ka lere. Empa haeba u tsoenyehile ka hore lintho li ka
’na tsa se ke tsa tsamaea hantle, mohlomong ho ka ba mole124 bacha baa botsa
Ho bolella ba bang
seo u se
ˇ
lumelang ho tsoana le ho sesa—u ka
kena butle ka metsing, kapa ua
ikakhela feela!
mo hore u ‘ikakhele’
tabeng. (Luka 12:11,
12) Andrew ea lilemo
li 17, o re: “Ho bolella
ba bang seo ke se lumelang ho ne ho le bonolo ho
feta ho nahana ka seo ke tla ba bolella sona. Hang ha ke se ke qaˇ
lisitse moqoqo, ho o ntsetsa pele ho ne ho le bonolo ho feta kamoo ke neng ke lebeletse kateng!”1
6. E-ba le kahlolo e molemo. Solomone o ile a ngola a re:
“Kamehla batho ba nang le kahlolo e molemo baa nahana pele ba
nka khato.” (Liproverbia 13:16, Today’s English Version) Feela
joalokaha u ke ke ua ikakhela ka metsing a sa tebang, ela hloko
hore u se ke ua kena likhang tse se nang thuso. U hopole hore ho
1 Sheba lebokose le reng, “Litsela Tsa ho Qalisa Moqoqo,” le leqepheng le fetileng.
seo ke rerang ho se etsa!
Seithuti-’moho le ’na seo nka buang le sona ka seo ke se lumelang
ke [ngola bonyane lebitso la ngoana a le mong]
ı .................................................................................................................................
.................................................................................................................................
Ke nahana hore taba eo a ka thahasellang ho bua ka eona ke
.................................................................................................................................
Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka
tabeng ena ke
.................................................................................................................................
.................................................................................................................................
‘‘
Ha ke sa le monyenyane, ke ne ke sa batle ho
ba mokhelo. Empa ke ile ka qala ho ananela
kamoo seo ke se lumelang se nthusang ho ba
motho ea molemo kateng. Ho hlokomela seo ho
ˇ
matlafalitse tsepo ea ka—ho entse hore ke be
motlotlo ka seo ke se lumelang.
—Jason.
’’
na le nako ea ho bua le ea ho khutsa. (Moeklesia 3:1, 7) Ka linako tse ling, esita le Jesu o ne a hana ho araba lipotso.—Matheu
26:62, 63.
Haeba u khetha ho araba, u ka ’na ua fana ka karabo e khuˇ
ˇ
tsoanyane le e bontsang masene. Ka mohlala, haeba seithuti’moho le uena se u soma, se re: ‘Ke hobane’ng ha u sa tsube?’ u
ˇ
ka ’na ua re, ‘Ha ke rate ho silafatsa ’mele oa ka!’ Ho itsetlehile ka
hore na se re’ng, u ka ’na ua etsa qeto ea ho se hlalosetsa haholoanyane ka seo u se lumelang.
ˇ
Lintlha tse tseletseng tse boletsoeng khaolong ena li ka u thusa hore ‘u lokele ho ikarabella’ ka seo u se lumelang. (1 Petrose 3:
ˇ
15) Ho hlakile hore seo ha se bolele hore ha u sa tla hlola u tsoha.
Empa Alana ea lilemo li 18, o re: “Ha u hlalosetsa ba bang seo u
ˇ
se lumelang le hoja u tsohile, u utloa eka u finyeletse ntho e itseng
¯
ˇ
—u hlotse tsabo ea hao ebile u tobane le boemo bo neng bo ka ’na
ba se ke ba tsamaea hantle. Haeba lintho li tsamaea hantle, u tla
thaba le ho feta! U tla thabisoa ke hore u bile le sebete sa ho bua.”
Na u ikutloa u sithabetse ha u
le sekolong? Bala kamoo u ka sebetsanang le boemo
boo kateng.
KHAOLONG E LATELANG
U NAHANA’NG KA SEE?
˘ E ka ’na eaba ke hobane’ng ha bana bao u kenang
sekolo le bona ba u soma ka lebaka la seo u se
lumelang?
˘ Haeba u khetha ho bua ka seo u se lumelang, ke
hobane’ng ha e le habohlokoa hore u bue ka kholiseho?
126 bacha baa botsa
rera esale pele
hore na u tla re’ng
¯
popo
qeto
mali
ho se nke
lehlakore
potso
Tlhahiso: Buisana ka chate ena le batsoali ba hao le bacha ba bang ba Bakreste.
E tlatse. Ebe ua nahana hore na ke lipotso life tse ling tseo liithuti-’moho le uena li
ka ’nang tsa li botsa, ’me u rere hore na u tla li araba joang u phutholohile.
karabo
potso e latelang
Ke hobane’ng ha
u sa lumelise
folakha? Na ha u
rate naha ea heno?
Ke hlompha naha eo ke lulang ho
eona, empa ha ke e rapele.
Kahoo, na u ke ke ua
loanela naha ea heno?
Ke hobane’ng
ˇ ha
u hana ho tseloa
mali?
ˇ
Ke amohela ho tseloa eng kapa
eng e ke keng
ˇ ea mpeha kotsing
ea hore ke tsoaetsoe AIDS kapa
lefu la sebete. Empa Bibele e re re
ile mali, ke kahoo
ˇ ke sa
amoheleng ho tseloa mali.
Joale
na u ke ke ua a
ˇ
tseloa le ha u se u bona
hore u ka ’na ua shoa?
Na
ˇ Molimo a ke ke a u
tsoarela?
Mang-mang ea
kenang
kereke ea
¯
lona o entse tjena
le tjena. Joale uena
u sitisoa ke eng?
Re rutoa melao ea Molimo, empa
ha re qobelloe
¯ ho etsa lintho!
Kaofela ha rona re lokela ho
iketsetsa liqeto.
ˇ
Na see ha se bontse
hore e mong le e mong
a ka iketsetsa seo a se
ratang
kerekeng ea
¯
lona?
Ke hobane’ng ha
u sa lumele hore
lintho li iphetotse?
Ke hobane’ng ha ke lokela
ho lumela hore li iphetotse?
Bo-rasaense ha ba lumellane
tabeng ena, e leng bona bao ho
nkoang hore ke litsebi!
Le
ko
pi
ts
e!
karabo
Che, kaha le Lipaki Tsa
Jehova tse limilione tsa
linaheng
ˇ tse ling li ke ke tsa
loantsa naha ena.
ı ..............................................
..............................................
..............................................
..............................................
..............................................
..............................................
..............................................
..............................................
...............................
..............................................
...............................
..............................................
...............................
..............................................
...............................
..............................................
18
Nka sebetsana joang le
maemo a sithabetsang ha
ke le sekolong?
“Ke ne ke ba tlas’a khatello e matla sekolong hoo ke neng
ke atisa ho ikutloa eka nka se hlaba hloohong.”— Sharon.
“Maemo a sithabetsang ao u tobanang
ha u le
¯ le ’onafetohang
sekolong ha a fokotsehe ha u ntse u hola—ho
feela ke mabaka ao a bang teng ka ’ona.”— James.
128 bacha baa botsa
NA U nka hore batsoali ba hao ha ba utloisise hore na u tobana le
maemo a mangata hakae a sithabetsang ha u le sekolong? Ke ’nete
hore ba ka ’na ba u bolella hore ha u lefelle ntlo, ha u na lelapa leo u
lokelang ho le fepa, kapa mohiri eo u lokelang ho mo khahlisa. Leha
ho le joalo, u utloa eka ha u le sekolong u tlas’a khatello e matla joaloka batsoali ba hao, kapa mohlomong e bileng e fetang ea bona.
Ho ea sekolong le ho khutla ho ka u sithabetsa ka bohona.
Tara ea lulang United States, o re: “Bana ba sekolo ba ne ba atisa
ho loana ka beseng. Mokhanni o ne a emisa bese ebe o re theola
kaofela. Seo se ne se etsa hore re fihle ho se ho fetile metsotso e
30 kapa ho feta sekolo se kene.”
Na maemo a sithabetsang aa fokotseha ha u fihla sekolong?
Che! Mohlomong le uena u tobana le maemo a kang a latelang:
˘ Ho sithabetsoa ke matichere.
“Matichere a batla hore ke sebetse hantle, ke fumane limaraka
tse holimo ’me seo se etsa hore ke ikutloe ke le tlas’a khatello ea ho
batla ho a khahlisa.”—Sandra.
“Matichere a phehella liithuti hore li ipabole lithutong, haholoholo haeba seithuti se e-na le bokhoni bo itseng.”—April.
“Esita le haeba u ipehetse lipakane tse molemo bophelong, matichere a mang a etsa hore u ikutloe u se na thuso haeba u sa
phehelle lipakane tsa thuto tseo a nahanang hore u lokela ho li
phehella.” 1—Naomi.
Ho sithabetsoa ke matichere ho u ama joang?
ı ..................................................................................................
..................................................................................................
˘ Ho sithabetsoa ke lithaka.
“Ha bana ba le sekolong se phahameng, ba na le bolokolohi bo
bongata ’me ba atisa ho ba marabele. Haeba u sa kheme le bona,
ba nahana hore u koalehile.”—Kevin.
“Letsatsi le letsatsi, ke tobana le teko ea ho noa joala le ho kopanela liphate. Ka linako tse ling ho thata hore ke hanele takatso
ea ho etsa lintho tseo.”—Aaron.
1 Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, sheba Khaolo ea 20 bukeng ena.
Nka sebetsana joang le maemo a sithabetsang ha ke le sekolong? 129
ˇ
“Kaha joale ke lilemo li 12, ntho e ntsoenyang ka ho fetisisa ke
ˇ
khatello ea hore ke intse le mohlankana. Bana ba bang kaofela sekolong ba re, ‘U tla lula u se na mohlankana ho fihlela neng?’ ”
—Alexandria.
ˇ
“Ke ile ka ba tlas’a khatello ea hore ke intse le mohlankana e
mong. Ha ke hana, bana ba bang ba ile ba re ke mosodoma. Ka
nako eo, ke ne ke le lilemo li leshome feela!”—Christa.
Ho sithabetsoa ke lithaka ho u ama joang?
ı ................................................................................................
..................................................................................................
ˇ
˘ Lintho tse ling tse ka u sithabetsang. Tsoaea nthong e u
ˇ
ˇ
tsoenyang haholo—kapa u ngole e hlileng e u tsoenyang.
O Hore u tlil’o ngola tlhahlobo
O Mosebetsi oa sekolo o etsetsoang hae
¯ ¯
O Lintho tse kholo tseo batsoali ba lebeletseng hore u li finyelle
O Ho leka ho finyella lipakane tse phahameng tseo u ipehetseng tsona
O Bo-mpoli kapa ho hlekahlekoa
O Lintho tse ling ...........................................................................
Mehato e Mene ea ho Fokotsa ho Sithabela
Ha e le hantle, u ke ke ua lebella hore u kene sekolo u be u qete
u sa tobane le maemo a u sithabetsang. Leha ho le joalo, ho ba
tlas’a khatello e matla ho ka u sithabetsa. Morena Solomone ea
bohlale o ile a ngola a re: “Khatello feela e ka etsa hore ea bohlaNA U NE U TSEBA . . .
le a etse ka bohlanya.” (Moeklesia
Ho robala ka ho lekaneng
7:7) Empa u se ke ua lumella seo
bosiu ka bong—bonyane
hore se u etsahalle. Ke habohlokoa
lihora tse robeli—ho u
hore u ithute ho sebetsana ka tsethusa hore u sebetsane le
la e atlehang le ho sithabela.
ho sithabela ’me ho
boetse ho ntlafatsa tsela
Ho sebetsana le ho sithabela
ˇ
ˇ
eo u hopolang lintho ka
ho tsoana le ho phahamisa litsepe.
eona.
E le hore motho ea phahamisang
ˇ
litsepe a atlehe, o lokela ho itokisa
?
130 bacha baa botsa
Feela joalokaha
ˇ ho
phahamisa litsepe ka tsela e
nepahetseng ho ka etsa hore u
shahle, ho sebetsana ka tsela e
nepahetseng le ho sithabela ho
ka u tiisa haholoanyane
ˇ
hantle esale pele. Ha a nke litsepe tseo a tla sitoa ho li phahamisa ebile o li phahamisa ka tsela e nepahetseng. Ka ho etsa joalo, o tiisa mesifa empa a sa itematse. Ka lehlakoreng le leng,
haeba a sa etse joalo a ka ’na a utloisa mosifa
bohloko kapa hona ho ithoba lesapo.
ˇ
Ka ho tsoanang, u ka sebetsana ka katleho le ho sithabela ’me ua atleha ho finyella
seo u batlang ho se etsa empa u sa itematse. Ka tsela efe? Ka ho etsa lintho tse latelang:
1. Tseba hore na ho bakoa ke eng
ka ho khetheha. Maele a bohlale a re:
“Ea masene ke ea boneng tlokotsi ’me a ipata.” (Liproverbia 22:3)
Empa u ke ke ua ipatela ho sithabela ntle le hore pele u tsebe hore
na ke eng e ka ’nang ea ho baka. Kahoo khutlela lintlheng tseo u
ˇ
tsoaileng ho tsona. Ke ntho efe e u sithabetsang haholo hona
joale?
2. Etsa lipatlisiso. Ka mohlala, haeba mosebetsi o mongata
oa sekolo o etsetsoang hae o u sithabetsa, sheba litlhahiso tse fanoeng Khaolong ea 13, Bukeng ea 2. Haeba u le tlas’a khatello ea
ˇ
ˇ
ho kopanela boitsoarong bo litsila ba ho kopanela liphate le ngoana eo u kenang sekolo le eena, u tla fumana keletso e molemo
Khaolong ea 2, ea 5 le ea 15 bukeng eo.
3. U se ke ua lieha. Hase mathata a mangata a tla iphella ka
booona haeba u a hlokomoloha. Ho e-na le hoo, hangata aa mpefala, ’me a u sithabetsa le ho feta. Hang ha u entse qeto ea hore na
u tla sebetsana joang le boemo bo itseng bo u sithabetsang, u se ke
ua lieha. Etsa seo hang-hang. Ka mohlala, haeba u Paki ea Jehova
Nka sebetsana joang le maemo a sithabetsang ha ke le sekolong? 131
‘‘
Letsatsi le leng le le leng, Ntate o ne a rapela
le ’na pele a ntheola sekolong. Seo se ne se etsa
hore ke ikutloe ke sireletsehile.
—Liz
’’
ˇ
’me u leka ho phela ka melao ea Bibele ea boitsoaro, tsebisa ba
bang seo kapele kamoo ho ka khonehang. Ho etsa joalo ho ka u
fokoletsa ho sithabela. Marchet ea lilemo li 20, o re: “Selemo le selemo ha likolo li buloa, ke ne ke qala ho bua ka taba e itseng eo ke
tsebang hore e tla mpha monyetla oa ho hlalosa melao ea Bibele
eo ke phelang ka eona. Ke ile ka hlokomela hore haeba ke lieha ho itsebahatsa hore ke Paki, ho
ne ho e-ba thata haholoanyane ha
KELETSO
nako e ntse e ea. Ke ne ke thusoa
ke ho itsebahatsa le hore ka mor’a
Arola lintho tse u sithamoo ke qete selemo seo ke phebetsang ka mahlopho—e
be tseo u ka etsang ho
la tumellanong le seo ke se lumehong ka tsona le tseo u
lang.”
ke keng ua etsa letho ka
¯
4. Kopa thuso. Esita le motho
tsona. Qala ka mathata
ea shahlileng ka ho fetisisa ea phaao u ka etsang ho hong
ˇ
hamisang litsepe, ho na le moo a
ka ’ona. Ha mathata ao a
fellang teng. Ho joalo le ka uena.
se a rarolohile—haeba ho
tla ke ho etsahale—u tla
Empa ha ho hlokahale hore u kibaba le nako e ngata ea ho
kibe ka bothata u le mong. (Banahana ka mathata ao u
galata 6:2) Ke hobane’ng ha u
ke keng ua khona ho a
sa buisane le batsoali ba hao kapa
rarolla.
¯
Mokreste e mong ea holileng tseˇ
bong? Ba bontse likarabo tseo u li
seo ke rerang ho se etsa!
E le hore ke sebetsane le ho sithabela, ke entse qeto ea hore
ha ho khoneha ke tla robala ka ı.......................
Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba
ka tabeng ena ke
..............................................................................................
..............................................................................................
=
ˇ
‘Lahlela matsoenyeho ’ohle a hao ho
Molimo, hobane oa u tsotella.’—1 Petrose 5:7.
˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙
¯
ngotseng pejana khaolong ena. Ebe u ba kopa hore ba u fe litlhahiso.
Na ho na le Mohla ho ba Tlas’a Khatello Kelellong
ho ka Bang Molemo?
U ka ’na ua thatafalloa ho lumela seo, empa taba ea hore ebe u
ikutloa u le tlas’a khatello e itseng kelellong, ha e le hantle ke ntho
ˇ
e molemo. Hobane’ng? Seo se bontsa hore ua ikitlaetsa le hore letsoalo la hao le ntse le sebetsa. Ela hloko kamoo Bibele e hlalosang
motho ea bonahalang a se tlas’a khatello kelellong: “U tla robala
moo halelele hakae u sa etse letho? U tla tsoha neng u tlohele ho
robala? Robala ho se hokae. E-re shoa! hanyenyane. Phutha matsoho. Ha u re phapha! tsohle li ile, joalokaha eka li nkiloe ke
lesholu le hlometseng.”—Liproverbia 6:9-11, Contemporary English Version.
Heidi ea lilemo li 16, o akaretsa taba ena hantle. O re: “Ho ka
’na ha bonahala eka sekolo ke sebaka se sebe, empa khatello eo u
tobanang le eona ha u le moo ke eo u tla tobana le eona le ha u se
u sebetsa.” Ke ’nete hore ho sebetsana le ho sithabela ha ho bonoˇ
lo. Empa haeba u sebetsana le hona hantle, ho ke ke ha u ntsa kotsi. Ha e le hantle, ho ka u tiisa haholoanyane.
KHAOLONG E LATELANG
Na ho tlohela sekolo ke tharollo
mathateng a hao?
U NAHANA’NG KA SEE?
˘ Ke hobane’ng ha u ka sithabela le ho feta ha u batla
hore lintho li etsoe ka tsela e phethahetseng?
˘ U ka buisana le mang haeba u ikutloa u sithabetse?
Nka sebetsana joang le maemo a sithabetsang ha ke le sekolong? 133
19
Na ke lokela
ho tlohela
sekolo?
U nahana
hore u lokela
ho tlohela
sekolo ha u le
sehlopheng
sefe? ı ..........
Batsoali ba
hao ba batla
hore u tlohele
sekolo ha u le
sehlopheng
sefe? .............
NA U arabile lipotso tse peli tse
ˇ
ka holimo ka tsela e tsoanang?
Le haeba u li arabile ka tsela e
ˇ
tsoanang ’me u ntse u kena sekolo, e ka ’na eaba ho na le matsatsi
a mang ao ka ’ona u lakatsang
eka u ka se tlohela. Na u kile ua
ikutloa joaloka bacha ba buileng
mantsoe aa a ka tlaase?
“Ka linako tse ling ke ne ke ikutloa ke
sithabetse hoo ke neng ke sa batle ho tsoha. Ebe kea ipotsa,
‘Ke hobane’ng ha ke lokela ho ea sekolong le ho ithuta lintho
tseo ho seng mohla ke tla ke ke li sebelise?’ ”—Rachel.
134 bacha baa botsa
“Hangata sekolo se ne se nkhathatsa hoo ke neng ke batla
ho se tlohela ebe ke batla mosebetsi. Ke ne ke nka hore sekolo
ha se nthuse ka letho, ke bile ke nahana hore ho molemo hore
ke qete nako eo mosebetsing moo ke tla lefuoa.”—John.
“Ke ile ka ea sekolong se phahameng se toropong ’me ka
thatafalloa ho fumana metsoalle. Ke ne ke sa thatafalloe ke mosebetsi oa sekolo empa ke ne ke le mokhelo ’me ke qeta nako e
ngata ke le mong. Esita le bana ba bang bao e neng e le mekhelo ba ne ba sa batle ho mpuisa! Ho ile ha sala hanyane ke tlohela sekolo.”—Ryan.
“Mantsiboea a mang le a mang ke ne ke qeta lihora tse ka
`
bang ’ne ke etsa mosebetsi oa sekolo o etsetsoang hae! Mosebetsi o mongata oa sekolo le oa ho itokisetsa litlhahlobo o ne o nkimela hoo ke neng ke ikutloa eka ha ke sa khona ho mamella ’me
ke batla ho tlohela sekolo.”—Cindy.
ˇ
“Re kile ra tsosoa ka hore ho na le bomo sekolong, bana ba
bararo ba leka ho ipolaea, e mong eena a ipolaea ebile ho e-na le
kenke ea linokoane tse mabifi. Ka linako tse ling, maemo a ne a
mpefala hoo ke neng ke batla ho tlohela sekolo!”—Rose.
Na u kile ua tobana le mathata a kang aa? Haeba ho joalo, ke
boemo bofe bo entseng hore u batle ho tlohela sekolo?
ı ..................................................................................................
Mohlomong hona joale u nahana ka ho teba ka ho tlohela sekolo. Empa u ka tseba joang haeba u tlohela sekolo hobane e le
nako e loketseng kapa hobane feela u khathetse ke sona? E le
hore re arabe potso eo, re lokela ho qala ka ho hlalosa hore na
ho tlohela sekolo ho bolela eng.
Na ho Molemo ho Tlohela Sekolo?
Na u ne u tseba hore linaheng tse ling ho tloaelehile hore mocha a qete sekolong ka mor’a lilemo tse hlano ho isa ho tse robeli? Linaheng tse ling, ho lebeletsoe hore liithuti li kene sekolo
bonyane lilemo tse leshome. Kahoo, ha ho lilemo tse behiloeng
ˇ
kapa sehlopha seo ho lebeletsoeng hore batho bohle lefatseng
ba fihle ho sona.
Na ke lokela ho tlohela sekolo? 135
Ho ekeletsa moo, linaheng tse ling bana ba ka ’na ba lumelloa ho ithuta lintho tse itseng ba le hae, ho sa hlokahale hore ba
ee sekolong se tloaelehileng. Ho hlakile hore bana bao batsoaˇ
li ba bona ba ba lumellang hore ba ithute ba le hae ’me ba ba tsehetsa, hase hore ba tlohela sekolo.
Empa haeba u nahana ho nyahlatsa sekolo pele u qeta
—ebang ke se tloaelehileng kapa ke sa hae—u lokela ho nahana ka lipotso tse latelang:
Ke’ng se lebeletsoeng ka molao? Joalokaha ho boletsoe,
melao e laolang hore na bana ba lokela ho kena sekolo nako e
kae e fapana ho ea ka libaka. Sebakeng sa heno molao o hloka
hore bonyane bana ba kene sekolo ho fihlela sehlopheng sefe?
Na u se u fihlile sehlopheng seo? Ho ke ke ha e-ba molemo hore
u tlohele sekolo pele u fihla sehlopheng seo, kaha seo se tla bolela hore u hlokomoloha keletso ea Bibele ea hore u “ipehe tlas’a
balaoli ba phahameng” ’me u tla be u nyahlatsa sekolo.—Baroma 13:1.
Na ke finyeletse lipakane tsa ka tsa thuto? Ke lipakane life
tseo u batlang hore thuto e u thuse ho li finyella? Na ha u tsebe
ˇ
hantle? U lokela ho li tseba! Ho seng joalo, u tsoana le mopalami ea ka tereneng ea sa tsebeng hore na o batla ho ea hokae. Ka
ˇ
hona, lula fatse le batsoali ba hao ’me le arabe lipotso tse lebokoseng le nang le sehlooho se reng “Lipakane Tsa ka Tsa Thuto,”
le leqepheng la 139. Ho etsa joalo ho tla u thusa hore u tsepamise kelello ’me ho le thuse ho rera hore na u tla kena sekolo
nako e kae.—Liproverbia 21:5.
Ha ho pelaelo hore matichere le batho ba bang ba tla u eletsa hore na u lokela ho kena sekolo nako e kae. Empa qetellong ke batsoali ba hao ba nang
NA U NE U TSEBA . . .
le boikarabelo ba ho etsa qeto tabeng ena. (Liproverbia 1:8; BaBacha ba lofang sekolo
kolose 3:20) Ho ke ke ha e-ba
ba ka ’na ba qetella ba se
nyahlalitse.
molemo hore u tlohele sekolo
pele u finyella lipakane tsa thuto
tseo uena le batsoali ba hao le
?
136 bacha baa botsa
=
“E mong le e mong ea lepotlapotla o leba
bohloking.”—Liproverbia 21:5.
˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙
lumellaneng ka tsona, kaha seo se tla bolela hore u nyahlatsa sekolo.
Sepheo sa ka sa ho nyahlatsa sekolo ke sefe? Ela hloko
hore u se ke ua ithetsa. (Jeremia 17:9) Batho ba rata ho fana ka
mabaka a utloahalang hore ba emele liketso tsa bona tsa boithati.—Jakobo 1:22.
Ka tlaase mona, ngola mabaka a utloahalang ao e ka ’nang
eaba u na le ’ona a ho tlohela sekolo pele u qeta.
ı ..................................................................................................
..................................................................................................
Ka tlaase mona, ngola mabaka a mang a boithati a ho tlohela sekolo.
..................................................................................................
..................................................................................................
Ke mabaka afe a utloahalang ao u a ngotseng? Mohlomong
a mang ke hore u batla ho thusa lelapa leno ka lichelete kapa ho
etsa mosebetsi oa boithaopo. Mabaka a boithati e ka ’na ea e-ba
ho batla ho qoba litlhahlobo kapa mosebetsi oa sekolo o etsetsoang hae. Ho ka ’na ha e-ba thata ho lemoha hore na lebaka le
ka sehloohong le u susumetsang lea utloahala kapa ke la boithati.
Khutlela lintlheng tseo u li ngotseng, ’me ntlheng ka ’ngoe u
ˇ
ngole nomoro e pakeng tsa 1 le 5 (u ngole 1 ho bontsa hore hase
ˇ
la bohlokoa hakaalo le 5 ho bontsa hore ke la bohlokoa haholo).
Haeba u tlohela sekolo hobane feela u baleha mathata, u ka ’na
ua makala.
Phoso ke Efe ka ho Tlohela Sekolo?
ˇ
Ho tlohela sekolo ho tsoana le ho theoha terene e ntse e tsamaea pele u fihla moo u eang. E ka ’na eaba maemo ha a matle
Na ke lokela ho tlohela sekolo? 137
ˇ
Ho tlohela sekolo ho tsoana le ho
theoha terene e ntse e tsamaea
pele u fihla moo u eang
ka tereneng eo ebile bapalami
ha ba na botsoalle. Empa ha u
itihela ka ntle ho eona, u ke ke
ua fihla moo u eang ’me u ka
’na ua itematsa hampe. Ka ho
ˇ
tsoanang, haeba u tlohela se¯
kolo u ka ’na ua hloleha ho finyella lipakane tsa hao tsa thuto ’me mohlomong ua ipakela
mathata hona joale le nakong e tlang, a kang a latelang:
Mathata a hona joale: Ho ka ’na ha e-ba thata hore u fumane mosebetsi. Le haeba u o fumana, u ka ’na ua lefshoa chelete
e nyenyane haholo ho feta eo u neng u tla e lefshoa ha u ne u qetile sekolong. E le hore u be le lintho tsa motheo tse hlokahalang,
u ka ’na ua tlameha ho sebetsa lihora tse telele mohlomong maemong a sa thabiseng ho feta ao u tobanang le ’ona hona joale sekolong.
ˇ
Mathata a nakong e tlang: Phuputso e bontsa hore bana ba
nyahlalitseng sekolo ba atisa ho fokolloa ke bophelo, ho koalloa
teronkong le ho phela ka liphallelo.
Ke ’nete hore ho qeta sekolong ha ho bolele hore u ke ke ua
ba le mathata. Empa ke hobane’ng ha u batla ho ithatafalletsa lintho ho sa hlokahale ka hore u
tlohele sekolo?
KELETSO
Haeba lintho li u thatafalla sekolong, mohlomong
u ka ingolisa
ˇ mananeong
a makhutsoanyane a thuto a tla u thusa hore u
qete kapele sekolong.
138 bacha baa botsa
Melemo ea ho se Tlohele
Sekolo
Haeba u sa tsoa feila tlhahlobo kapa u bile le letsatsi le bosula sekolong, u ka ’na ua batla
ho nyahlatsa—mathata leha e le
afe a nakong e tlang a ka ’na a
lipakane tsa ka tsa thuto
Morero o ka sehloohong oa thuto ke ho u lokisetsa
hore u tle u fumane mosebetsi o tla u thusa ho iphelisa
le ho phelisa ba lelapa la hao haeba qetellong u ka ba le
lelapa. (2 Bathesalonika 3:10, 12) Na u se u entse qeto
ea hore na u batla ho etsa mosebetsi ofe le hore na u ka
itokisetsa oona joang ha u ntse u le sekolong? E le ho u
thusa ho lemoha hore na lintho tseo u ithutang tsona li
u lebisa pakaneng ea hao, araba lipotso tse latelang:
Ke ipabola lintlheng life? (Ka mohlala, u sebelisana joang le
batho ba bang? Na u thabela ho sebetsa ka matsoho, ho etsa
lintho kapa ho li lokisa? Na u khona ho sekaseka mathata le
ho a rarolla?)
ı ..................................................................................................
Ke mesebetsi efe eo nka e etsang e tla ntumella hore ke
sebelise bokhoni ba ka?
..................................................................................................
Ho na le menyetla efe ea ho fumana mosebetsi sebakeng sa
heso?
..................................................................................................
Ke lithuto life tseo ke li etsang hona joale tse tla ntokisetsa
hore ke fumane mosebetsi nakong e tlang?
..................................................................................................
Ke lithuto life tseo nka khethang ho li etsa hona joale tse tla
nthusa ho finyella lipakane tsa ka ka tsela e atlehileng?
..................................................................................................
Hopola, sepheo sa hao ke hore ha u qeta sekolong, u be u
e-na le thuto e ka u tsoelang molemo. Kahoo, u se ke ua
ˇ
fetelletsa lintho kapa ua ba seithuti se sa qeteng—ua tsoana le
motho “ea lulang ka tereneng” ho ea ho ile, e le ha u qoba ho
jara boikarabelo ba ho ba motho e moholo.1
1 Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, sheba Khaolo ea 38, Bukeng ea 2.
‘‘
U ke ke ua baleha mathata. Ho kena sekolo ho u
thusa hore u khone ho ikemela, e leng se tla u
tsoela molemo ha u se u sebetsa kapa u le
sebakeng leha e le sefe.
—Ramona
’’
bonahala a se boima hakaalo ha a bapisoa le ao u tobaneng le
’ona hona joale. Empa pele u ka khetha ho nka tsela e “bonolo,”
nahana ka seo liithuti tse boletsoeng qalong ea khaolo ena li se
ˇ
buang ha li bontsa kamoo li ruileng molemo kateng ka ho se tlohele sekolo.
“Ke ithutile ho mamella mathata. Ke boetse ke ithutile hore
haeba u batla ho thabela ho etsa ntho e itseng, u lokela ho fetola
tsela eo u nahanang ka eona. Ha ke ntse ke le sekolong, ke ithutile lintho tseo ke tla li sebelisa ha ke qeta.”—Rachel.
“Hona joale kea tseba hore haeba ke sebetsa ka thata, nka
finyella lipakane tsa ka. Ke ikoetlisetsa ho etsa mosebetsi oa
matsoho sekolong se phahameng, e leng se tla nthusa hore ke
etse mosebetsi oo ke o ratang oa ho lokisa mechine e hatisang.”
—John.
seo ke rerang ho se etsa!
Ha ke thatafalloa ke thuto e itseng, ho e-na le hore ke tlohele
sekolo, ke tla
ı ..........................................................................................................................
..........................................................................................................................
Ha ke khathetse
hoo ke utloang hore ke tlohele sekolo, ke tla
¯
khona ho hlola bothata boo haeba ke
..........................................................................................................................
..........................................................................................................................
Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka
tabeng ena ke
..........................................................................................................................
..........................................................................................................................
“Kaha ke ile ka phehella, ke ithutile ho bala le ho ngola. Ho
kena sekolo ho nthutile ho rua molemo ha ba bang ba ’nyatsa le
hore ke itlhalose ka tsela e hlakileng le e utloahalang—e leng se
ˇ
nthusang haholo tsebeletsong ea Bokreste.”—Ryan.
“Ho kena sekolo ho nthutile ho rarolla mathata, ebang ke sekolong kapa sebakeng leha e le sefe. Ho ithuta ho rarolla mathata sekolong, ha ke sebelisana le batho ba bang le ha ke le
¯
maemong a mang a thata, ho nthusitse hore ke hole kelellong.”
—Cindy.
“Sekolo se nthusitse hore ke itokisetse maemo a thata a ka
bang teng mosebetsing. Hape ke ile ka tobana le maemo a mangata a ileng a ntlama hore ke hlahlobe mabaka ao ke lumelang
lintho tse itseng ka ’ona, kahoo ho kena sekolo ho ’matlafalitse
tumelong.”—Rose.
Morena Solomone ea bohlale o ile a re: “Qetello ea taba haˇ
morao e molemo ho feta tsimoloho ea eona. Ea sa feleng pelo o
molemo ho feta ea ikhohomosang moeeng.” (Moeklesia 7:8) Kahoo ho e-na le hore u tlohele sekolo, rarolla mathata ao u tobanang le ’ona sekolong u sa fele pelo. Haeba u etsa joalo, u tla hlokomela hore qetello ea taba ena e tla u tsoela molemo haholo.
U ka etsa’ng haeba le leng la mabaka
a etsang hore u hloee sekolo ke hobane ha u utloane le
tichere ea hao?
KHAOLONG E LATELANG
U NAHANA’NG KA SEE?
˘ Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore u ithute ho bala
le ho ngola esita le ho tseba lipalo hantle?
˘ Ho ipehela lipakane
tsa thuto tseo u ka li finyellang
ˇ
ka nako e khutsoanyane ho ka u thusa joang hore u
thabele sekolo?
˘ Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore u tsebe
mosebetsi oo u ka ratang ho o etsa ha u qeta
sekolong?
Na ke lokela ho tlohela sekolo? 141
20
Nka etsa’ng hore ke
utloane le tichere ea ka?
Bolela tichere eo u e ratang haholo. ı .............................
Ke hobane’ng ha u rata tichere eo? .............................
Bolela tichere eo u sa
utloaneng le eona haholo. .............................
U KA ikhethela metsoalle, empa ha u sa le monyenyane, u ke ke
ua ikhethela matichere. E ka ’na eaba u a rata kaofela. David ea lilemo li 18 o re: “Ha ho mohla nkileng ka ba le bothata le matichere a ka. Ke ne ke a hlompha ’me a nthata.”
ˇ
Ka lehlakoreng le leng, u ka ’na ua ba le tichere e tsoanang le
e hlalositsoeng ke Sarah ea lilemo li 11. O re: “E khopo hampe.
Ebile ’na ha ke e utloisise ha e ruta. Ha e hlalose lintho hantle kapa
e li hlalosa ho feta tekano.” E le ho u thusa hore u utloane le tichere ea hao, taba ea pele u lokela ho tseba bothata bo tobileng boo u
nahanang hore u na le bona. Hang ha u se u qolotse bothata boo,
142 bacha baa botsa
=
“Ka hona, lintho tsohle tseo le batlang
¯
hore
ˇ batho ba le etse tsona, le lona ka ho
tsoanang le ba etse tsona.”—Matheu 7:12.
˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙
ˇ
u boemong bo botle ba hore u sebetsane le bona. Tsoaea lebokoseng kapa mabokoseng a loketseng lintlheng tse ka tlaase
mona, kapa u ngole lebaka le leng.
ı O Ke thatafalloa ho utloisisa tichere ea ka
O Ke nahana hore ke lokela ho fumana limaraka tse holimo
ˇ
O Ke nahana hore e tsoara bana ba bang ka mokhoa o khethehileng
O E nkhalemela ho feta tekano
O Ke nka hore ea nkhetholla
O Lebaka le leng ......................................................................
U ka etsa’ng ho sebetsana le boemo boo? Mohato oa pele ke
hore u sebelise keletso e fanoeng ke moapostola Petrose. O ile a
¯
ˇ
ngola, a re: “Kaofela ha lona le be le kelello e joalo, le bontsa ho
utloelana bohloko.” (1 Petrose 3:8) Ke eng e ka ’nang ea u susumelletsa hore u be le kutloelo-bohloko ho tichere eo u nahanang
hore e khopo? Nahana lintlha tse seng kae ka matichere tse ka
’nang tsa u thusa hore u a utloisise.
Matichere a etsa liphoso. Joaloka batho ba bang bohle, matichere a na le botho le mathata a ’ona esita le ho ba leeme. Morutuoa Jakobo o ile a ngola, a re: “Haeba leha e le mang a sa khoptjoe lentsoeng, enoa ke monna ea phethahetseng, ea khonang
¯
ho laola le ’mele oohle oa hae joalokaha eka ke ka tomo.” (Jakobo
3:2) Brianna ea lilemo li 19 o re: “Tichere ea ka ea lipalo e ne e se
na mamello ’me e atisa ho re tlatsetsa lerata. Kahoo, re ne re thatafalloa ho e hlompha.” Ke’ng e neng e tlatsetsa boemong boo?
Brianna o re: “Bana ba ne ba lula ba etsa lintho tse tsoileng tseleng
ha ba le ka tlelaseng ’me ba etsa botoutu e le hore feela ba halefise
tichere eo le ho feta.”
Ha ho pelaelo hore ua thaba ha tichere e hlokomoloha liphoso tsa hao le mefokolo ea hao, haholo-holo ha u bile tlas’a khateˇ
llo e matla kelellong. Na u ka etsa se tsoanang le ho tichere ea
Nka etsa’ng hore ke utloane le tichere ea ka? 143
hao? Ngola se etsahetseng morao tjena sekolong le seo u nahanang hore e ka ’na eaba ke sona se ileng sa etsa hore tichere ea
ˇ
hao e itsoare ka tsela eo.
ı ..................................................................................................
..................................................................................................
Matichere a na le lithatohatsi. Nahana ka liphephetso tseo
matichere a tobanang le tsona: Ke liithuti tse kae tse batlang ho
rutoa? Har’a tsona, ke tse kae tse ikemiselitseng le tse bileng li
khonang ho qeta metsotso e 30 kapa ho feta li tsepamisitse maiˇ
kutlo nthong e le ’ngoe? Ke liithuti tse kae tse ratang ho intsetsa
malokobe ho matichere? Joale nka hore ke mosebetsi oa hao ho
ruta lithaka tsa hao tse 20, tse 30, kapa ho feta moo ’me taba eo u
li rutang eona ke eo tse ngata li sa e rateng. Na ho ne ho ke ke ha
e-ba habonolo hore u tsepamise maikutlo haholoanyane ho ba bonahalang eka ba thahasella seo u se rutang?
Ke ’nete hore u ka ’na ua khopisoa ke se bonahalang eka ke
leeme le totobetseng. Natasha o re ka tichere e ’ngoe ea hae: “E ne
e re behela nako eo re lokelang ho qeta mosebetsi oa sekolo ka
eona, empa libapali tsa bolo ea maoto tsona e sa li behele nako.
Seo ha se makatse hobane e ne e le motlatsi oa mokoetlisi thiming
ˇ
eo li e bapallang.” Haeba u etsahalloa ke ntho e tsoanang, ipotse:
ˇ
‘Na tichere ee e nthuta ka tsela e tsoanetseng?’ Haeba ho joalo, ke
hobane’ng ha lintho tse kang tseo li ka u utloisa bohloko kapa tsa
¯
etsa hore u be mona?
Ka tlaase mona, ngola seo u
ˇ
NA U NE U TSEBA . . .
ka se etsang ho bontsa tichere ea
hao ka ho hlaka hore u thahasella
E ka ’na eaba tichere
seo e se rutang.
ea hao e rutile thuto eo
?
ka makhetlo-khetlo litlelaseng tse ling. Kahoo, e
ka ’na ea thatafalloa ho
lula e le sehlahlo ha e
ruta thuto eo, joalokaha e
ne e qala.
144 bacha baa botsa
...................................................
...................................................
...................................................
Matichere ha a utloisise liithuti. Ka linako tse ling, botho bo
ˇ
Matichere a tsoanaˇ le majoe ao u hatang ho ’ona ha u tsela molatsoana, a u
thusa hore u be le kutloisiso, empa u
lokela ho etsa boiteko
ˇ
sa tsoaneng kapa ho se utloisisane ho itseng ho ka u qabanya le tichere ea hao. Ha seithuti se rata
ho botsa lipotso, tichere e ka ’na
ea nka seo e le borabele, kapa ha
se etsa metlae ea nka hore sea tella kapa se setoutu.
U ka etsa’ng haeba tichere ea
hao e sa u utloisise? Bibele e re: “Ho se ke ha e-ba le eo le busetsang bobe ka bobe ho eena. . . . Haeba ho khoneha, ho fihlela
ˇ
¯
moo ho itsetlehileng ka lona, le be le khotso le batho bohle.” (Baroma 12:17, 18) Kahoo, leka hore u se ke ua qholotsa tichere ea
hao. Qoba likhohlano tse sa hlokahaleng. U se ke ua fa tichere
mabaka a utloahalang a hore e tletlebe ka uena. Ha e le hantle,
ˇ
ˇ
leka ho e bontsa botsoalle. Mohlomong ua ipotsa, ‘Ke e bontse boˇ
tsoalle?’ E, bontsa mekhoa e metle ka hore u lumelise tichere
ˇ
ka tlhompho ha u kena ka tlelaseng. Ho lula u bontsa mekhoa
e metle—esita le ho bososela ka linako tse ling—ho ka ’na ha
etsa hore e fetole tsela eo e ikuKELETSO
tloang ka eona ka uena.—Baroma 12:20, 21.
Haeba u nka hore tichere
Ka mohlala, matichere a Ken a
ea hao ea bora, tsepamine a atisa ho ba le maikutlo a fosasa maikutlo ho seo e se
rutang, eseng ho eona.
hetseng ka eena. O re: “Ke mo¯
Ngola lintlha, u kope boitho ea lihlong haholo ’me ho ne ho
tsebiso
bo
eketsehileng
se mohla ke buang le matichere a
ˇ
ka tlhompho ’me u bontse
ka.” O ile a sebetsana le bothata
ho thahasella thuto eo.
boo joang? O re: “Qetellong, ke ile
Tsela eo u thahasellang
thuto eo ka eona, e ka ’na
ka hlokomela hore ha e le hantle
ea ama ba bang.
matichere a ka a batla ho nthusa.
Kahoo ke ile ka ikemisetsa hore
Nka etsa’ng hore ke utloane le tichere ea ka? 145
‘‘
Ke ile ka sebetsa ka thata hore ke tloaelane le
matichere ’ohle a ka. Ke tseba mabitso a ’ona
’me ha ke a bona seterateng ke buisana le ’ona
ho se hokae.
—Carmen
’’
ke tsebe matichere ’ohle a ka. Hang ka mor’a hore ke etse joalo, limaraka tsa ka li ile tsa ntlafala haholo.”
ˇ
Ke ’nete hore hase kamehla ho bontsa tichere mekhoa e metle le ho e buisa ka botsoalle, ho tlang ho etsa hore e u rate. Empa
e-ba le mamello. Morena Solomone o ile a ngola, a re: “Ho ba le
mamello le ho bua ka mosa ho ka kholisa ’musi [kapa tichere] ’me
¯
ha hlola bothata leha e le bofe.” (Liproverbia 25:15, Contempoˇ
rary English Version) Lula u khobile matsoafo ’me u bue ka tsela
ˇ
e mosa ha u tsoaroa ka leeme. Tichere ea hao e ka ’na ea boela ea
lekola tsela eo e ikutloang ka eona ka uena.—Liproverbia 15:1.
ˇ
Haeba tichere ea hao e sa u utloisise kapa e u tsoara ka leeme,
ntho ea pele eo u atisang ho e etsa ke efe?
ı ..................................................................................................
Ho ka ba molemo hore u etse’ng?
..................................................................................................
Rarolla Mathata a Tobileng
Ho utloisisa mefokolo ea tichere ea hao ke qalo feela. U ka
etsa’ng ho rarolla bothata bo itseng bo tobileng? Ka mohlala, u ka
’na ua sebetsana joang le litletlebo tse latelang?
Ke lokela ho fumana limaraka tse holimo. Katrina o re: “Ke
ne ke lula ke fumana limaraka tse holimo. Empa ka selemo se
seng, tichere ea ka ea saense e ile ea mpheilisa. Ke ne ke lokela ho
fumana limaraka tse holimo. Batsoali ba ka ba ile ba buisana le
mosuoe-hlooho. Empa o ile a nyolla limaraka tsa ka hanyenyane
feela, kahoo ke ne ke ntse ke halefile.” Haeba u tobana le bothata
ˇ
bo tsoanang, u se ke ua hlasela tichere ea hao ka letoto la liqoso.
Ho e-na le hoo, ithute mohlaleng oa Nathane eo ho buuoang ka
eena ka Bibeleng. O ne a fuoe mosebetsi o boima oa hore a pepe146 bacha baa botsa
se phoso e tebileng ea Morena Davida. Nathane ha aa ka a fihla
ntlong ea borena a se a ntse a qosa Davida feela, empa o ile a bua
le eena ka masene.—2 Samuele 12:1-7.
ˇ
Ka ho tsoanang le uena u ka ’na ua buisana le tichere ea hao
ˇ
ka boikokobetso u bile u khobile matsoafo. Ha u halefa kapa u
qosa tichere ka hore ha e tsebe seo e se etsang kapa ho hong ho
hobe le ho feta, u ke ke ua etsa setsoalle le eona. Leka ho buisana
ˇ
¯
¯
le eona ka tsela e bontsang hore u holile. Qala ka ho kopa tichere
ˇ
hore e u thuse ho utloisisa tsela eo e tsoaeang ka eona. Solomone o ile a ngola a re: “Mamela pele u araba. Ha u sa mamele, u
leoatla ebile ua itlotlolla.” (Liproverbia 18:13, Today’s English Version) Ka mor’a hore u e mamele, u ka ’na ua khona ho e bolella
moo u nahanang hore ho bile le phoso. Esita le haeba tichere e sa
fetole limaraka tsa hao, mohlomong e tla khahloa ke tsela eo u boˇ
¯
ntsang kholo ka eona.
Ke nahana hore tichere ea ka e leeme. Nahana ka se ileng
sa etsahalla Rachel. O ne a lula a fumana limaraka tse holimo sekolong. Joale ha a fihla Sehlopheng sa 7, lintho li ile tsa fetoha.
Rachel o re: “Tichere ea ka e ne e leka ka hohle hore e mpheilise.”
seo ke rerang ho se etsa!
E le hore ke thahaselle thuto e itseng eo ke sa e rateng,
ke tla
ı .................................................................................................................................
.................................................................................................................................
ˇ
Haeba ke nahana hore tichere ea ka e ntsoara ka leeme,
ke tla
.................................................................................................................................
.................................................................................................................................
Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka
tabeng ena ke
.................................................................................................................................
.................................................................................................................................
`
Bothata e ne e le eng? Tichere eo e ile ea bolella Rachel le ’me oa
hae hore ha e rate bolumeli ba bona.
Ho ile ha etsahala’ng? Rachel o re: “Nako le nako ha ho ne ho
ˇ
totobetse hore tichere eo e susumelitsoe ke leeme ha e ntsoaea,
`
’Me o ne a tsamaea le ’na ha a il’o buisana le eona ka taba eo. Qeˇ
tellong, e ile ea khaotsa ho ntsulafalletsa.” Haeba u tobana le boˇ
thata bo tsoanang, itete sefuba ho buisana le batsoali ba hao ka
bona. Ha ho pelaelo hore ba tla rata ho buisana le tichere eo kapa
mohlomong le batsamaisi ba sekolo e le hore ho fihleloe tharollo.
Shebela Lintho Pele
Ke ’nete hore hase mathata ’ohle a tla rarolleha habonolo. Ka
linako tse ling, u lokela ho a mamella. Tanya o re: “Tichere e ’ngoe
¯
ea rona e ne e sa rate liithuti. E ne e atisa ho re rohaka, e re re litseketseke. Qalong, seo se ne se etsa hore ke lle, empa ke ile ka
ithuta ho se nkele litlhapa tseo hloohong. Ke ne ke tsepamisa maikutlo mosebetsing oa ka ’me ke ikitlaetsa ha ke le ka tlelaseng ea
ˇ
eona. Ka lebaka leo, e ile ea khaotsa ho ntsoenya ’me ka ba se seng
sa liithuti tse ’maloa ka tlelaseng eo, tse neng li fumana limaraka
tse holimo. Ka mor’a lilemo tse peli, tichere eo e ile ea lelekoa.”
Ithute ho sebetsana le tichere e sa khotsofaleng ’me u tla fumana tsebo ea bohlokoa bophelong—e tla u tsoela molemo ha u
se u lokela ho sebetsana le mookameli ea sa khotsofaleng. U tla
boela u ithute ho ananela matichere a molemo ao u nang le ’ona.
Na ho bonahala eka ha u na nako e
lekaneng ka letsatsi? Ithute kamoo u ka etsang hore nako e
be motsoalle oa hao, eseng sera.
KHAOLONG E LATELANG
U NAHANA’NG KA SEE?
˘ Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore u tsepamise
maikutlo tabeng e rutoang, ho e-na le ho a tsepamisa
ho tichere?
˘ Tsela eo u ikutloang ka eona ka taba e rutoang e ka
’na ea ama boikutlo ba tichere joang ka uena?
148 bacha baa botsa
MOHLALA O MOTLE OA
Moshe
Moshe o ne a e-na le menyetla e mengata bophelong. O ne
¯
a holetse lelapeng la borena la Faro ’me a rutiloe ka bohlale bohle ba Egepeta. (Liketso7:22) O ne a tla etsa’ng ka koetliso eo
a e fumaneng? O ne a ka fumana botumo, leruo le matla. Leha
ho le joalo, ha aa ka a susumetsoa ke khatello ea lithaka ebile
ha aa ka a hoheloa ke takatso ea boithati. Ho e-na le hoo, o ile a
khetha ho etsa seo ntle ho pelaelo se ileng sa makatsa batho
ˇ
ba bangata. O ile “a khetha ho tsoaroa hampe hammoho le sechaba sa Molimo.” (Baheberu11:25) Na Moshe o ile a lahleheloa ke molemo o itseng ka lebaka la seo a ileng a se khetha?
Che. Kaha o ile a khetha ho sebeletsa Molimo le ho thusa batho, o ile a phela bophelo bo thabisang le bo khotsofatsang.
Haeba u bile le monyetla oa ho fumana thuto e ntle ea
motheo, u tla sebelisa monyetla oo joang? U ka khetha ho lelekisa chelete kapa ho ba le matla. Kapa joaloka Moshe, u ka
etsa ntho eo ruri e leng ea bohlokoa bophelong. U ka sebelisa
bokhoni ba hao le matla hore u sebeletse Molimo le baahelani.
(Matheu 22:35-40) Ha ho tsela e putsang ho feta eo bophelong!
21
Nka
sebelisa
nako ea ka
hantle joang?
U ka rata ho ekeletsoa
lihora tse kae ka letsatsi?
ı ........................................
U ka etsa’ng ka nako
eo e eketsehileng?
O Nka e qeta ke e-na le metsoalle
O Ke robetse
O Ke ithuta
O Ke etsa lintho tse ling ...............
ˇ
NAKO e tsoana le pere e lebelo—e le hore e
u tsoele molemo u lokela ho ithuta ho e laola. Ha u laola nako, u ka ’na ua iphokoletsa
ho imeloa kelellong, ua fumana limaraka tse
ˇ
holimo le ho etsa hore batsoali ba hao ba u tsepe haholoanyane. Mohlomong u re: “Eo ke taba e utloahalang, empa ha ho bonolo ho e
¯
etsa!” Ke ’nete hore u tla tobana le mathata. Empa u ka a hlola. A re
ke re hlahlobe mehlala e seng mekae.
Bothata ba Pele: Ho Etsa Kemiso
Se ka ’nang sa u sitisa. Ha u nahana ho etsa lintho ka kemiso,
seo se etsa hore u ikutloe eka u qabeletsoe! U rata ho etsa lintho ka
nako leha e le efe, eseng hore u laoloe ke kemiso.
Lebaka leo u lokelang ho ba le eona. Morena Solomone o ile a
ngola, a re: “Ka sebele merero ea ea khothetseng e tlisa molemo.” (Liproverbia 21:5) Solomone e ne e le motho ea phathahaneng. O ne a
150 bacha baa botsa
=
“Nepisisa lintho tsa bohlokoa haholo.”
—Bafilipi 1:10.
˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙
nyetse, a e-na le bana ebile e le morena. Ho ka etsahala hore ebe o ile
¯
ˇ
a phathahana le ho feta ha a ntse a hola. Ka ho tsoanang, le uena u
phathahane hona joale. Empa mohlomong u tla phathahana le ho
¯
feta ha u ntse u hola. Ho molemo hore u qalelle hona joale ho ba ea
hlophisehileng!
Seo bacha ba bang ba se buang. “Hoo e ka bang likhoeling tse
ˇ
tseletseng tse fetileng, ke ile ka qala ho itloaetsa ho etsa lintho ka kemiso. Ke ne ke leka ho inolofalletsa lintho, ’me ho ba le kemiso ho ile
ha nthusa!”—Joey.
ˇ
“Ho ngola lintho fatse ho nthusa hore ke latele kemiso. Ha ho
`
e-na le lintho tse ngata tseo ke lokelang ho li etsa, ’na le ’Me re li ngoˇ
la fatse, e le ho bona hore na re ka thusana joang ho finyella lipakane
¯
tsa rona.”—Mallory.
Se tla u thusa. Nahana ka sena: A re re le nka leeto ka koloi. Setho ka seng sa lelapa se akhela mekotla ka buting. Empa ha ho bonaˇ
hale eka mekotla eo e tla fella. U ka etsa’ng? U ka ’na ua e ntsa kaofela ka buting ebe u qala ho e paka bocha, u kenye e meholo pele, u
ntan’o kenya e menyenyane.
ˇ
U ka sebelisa leano le tsoanang bophelong. Haeba u qala ka lintho tse sa reng letho, u tla hloka nako ea ho etsa lintho tsa bohlokoa.
Ha u qala ka lintho tsa bohlokoa u tla makatsoa ke kamoo u salloang
ke nako e ngata kateng bakeng sa ho etsa lintho tse ling!—Bafilipi
1:10.
Ke lintho life tsa bohlokoa haholo tseo u lokelang ho li etsa?
ı ................................................
................................................
................................................ ................................................
................................................ ................................................
Joale khutlela lethathamong leo u le entseng ’me u ngole lintho
tseo ka tatellano ho latela hore na ke tsa bohlokoa hakae. Haeba u
qala ka ho etsa lintho tsa bohlokoa, u ka ’na ua makatsoa ke kamoo
u salloang ke nako e ngata kateng bakeng sa ho etsa lintho tseo e
seng tsa bohlokoa hakaalo.
Nka sebelisa nako ea ka hantle joang? 151
Seo u ka se etsang. Batla bukana eo u tla ngolla ho eona lintho
tseo u lokelang ho li etsa, ’me u li thathamise ho latela bohlokoa ba
tsona. Ka lehlakoreng le leng, mohlomong e ’ngoe ea lintho tse latelang e ka u thusa.
O K’halendara ea selefouno
O Bukana ea ho ngolla lintlha
O K’halendara ea k’homphieutha O K’halendara ea deskeng
Bothata ba Bobeli: Ho Khomarela Kemiso
Se ka ’nang sa u sitisa. Ha u tsoa sekolong, seo u batlang ho se
etsa feela ke ho phomola le ho shebella TV ka metsotso e seng mekae.
Kapa u batla ho itokisetsa tlhahlobo, empa u fumana molaetsa ka fono
o u memelang ho ea shebella filimi e itseng. Nako eo filimi e qalang ka
eona e ke ke ea fetoloa, empa uena u ka khona ho bala bosiu. U ipolella hore, ‘Ebile ke sebetsa hantle le ho feta ha ke le tlas’a khatello.’
Lebaka leo ka lona u lokelang ho e khomarela. U ka ’na ua fumana limaraka tse holimo ha u ithuta nakong eo kelello ea hao e hlaphohetsoeng haholoanyane. Ho phaella moo, na u se u ntse u se na
mathata a mangata ao u lokelang ho sebetsana le ’ona? Ke hobane’ng
ha u ikekeletsa ’ona ka ho balla tlhahlobo ka lepotlapotla e se le bosiu
haholo? Ho ka ’na ha etsahala’ng hoseng ka le hlahlamang? U ka ’na
ua seloa, ua ikutloa u imetsoe le ho feta kelellong, ua tlameha ho tsoa
ka tlung u se u matha, ’me mohlomong u be u fihle sekolo se se se
kene.—Liproverbia 6:10, 11.
Seo bacha ba bang ba se buang. “Ke rata ho shebella TV, ho letsa katara le ho qeta nako ke e-na le metsoalle. Hase hore lintho tsena li fosahetse; empa ka nako e ’ngoe li nka sebaka sa lintho tsa bohlokoa ebe ke qetella ke etsa lintho
ka lepotlapotla.”—Julian.
NA U NE U TSEBA . . .
Se tla u thusa. U se ke ua etsa
Ho rera ho etsa lintho tse
kemiso ea lintho tseo u lokelang ho
ngata haholo ka letsatsi
li etsa feela—empa u etse le ea liho tla u imetsa kelellong.
ntho tseo u thabelang ho li etsa. JuHaeba u beha lintho ka
lian o re: “Ho bonolo ho etsa lintho
mahlopho, u tla tseba
tseo ke lokelang ho li etsa ha ke tsehore na ke lintho life tseo
u lokelang ho li etsa le
ba hore ka mor’a moo ke il’o etsa litseo u lokelang ho li tlontho tseo ke li thabelang.” Tlhahihela.
so e ’ngoe ke ena: Ipehele pakane
¯ ¯
e kholo, ebe u ipehela tse ling tse
?
152 bacha baa botsa
ˇ
Nako e tsoana le pere e lebelo
—u lokela ho ithuta ho e laola
nyenyane tse tla u thusa hore u e finyelle.
Seo u ka se etsang. Ke lipakane life tse seng kae tse utloahalang
tseo u ka li finyellang likhoeling tse
ˇ
tseletseng tse tlang?
ı ..................................................
..................................................
Ke pakane efe e utloahalang eo u ka e finyellang lilemong tse peli
tse tlang, hona u lokela ho qalella ho etsa’ng hona joale e le hore u e
finyelle?1
..................................................................................................
..................................................................................................
Bothata ba Boraro: Ho ba Makhethe le ho Hlophiseha
Se ka ’nang sa u sitisa. Ha u tsebe hantle hore na ho ba makhethe le ho hlophiseha ho amana
joang le ho sebelisa nako ea hao haKELETSO
ntle. Ntle ho moo, ho bonahala ho le
bonolo haholo ho ba bohlasoa. U ka
U se ke ua leka ho sebe’na ua hloekisa kamore ea hao holisa litlhahiso tsohle tse
sasane—kapa ua hla ua e tlohela!
fanoeng khaolong ena ka
nako e le ’ngoe. Ho e-na
Kaha ha u tsotelle leha ho le bohlaˇ
le hoo, leka ho sebelisa e
soa, eo hase taba e u tsoenyang. Na
’ngoe ea tsona khoeling e
ehlile ho joalo?
latelang. Ha u se u ipaboLebaka leo ka lona u lokelang
la ntlheng eo, khetha e
ho ba makhethe le ho hlophiseha.
’ngoe eo u ka e ntlafatsang.
1 Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng,
sheba Khaolo ea 39 bukeng ena.
Nka sebelisa nako ea ka hantle joang? 153
‘‘
Ke utloile motho e mong a soasoa le e mong a
re ka ’na, haeba u batla hore a fihle sebakeng se
itseng ka hora ea bone, u lokela ho mo bolella
hore a fihle moo ka hora ea boraro. Ke ha ke tla
elelloa hore ke lokela ho hlophisa nako ea ka
hantle!
—Ricky
’’
Ha lintho tsohle li le makhethe li bile li hlophisehile, seo se tla u bolokela nako ha u li batla. Hape sena se tla etsa hore u imolohe kelellong,
e leng ntho eo u hlileng u e hlokang.—1 Bakorinthe 14:40.
Seo bacha ba bang ba se buang. “Ka linako tse ling, ha ke se na
nako ea ho beha liaparo tsa ka moo li lokelang ho lula teng, ke qetella ke sa fumane lintho tseo ke li hlokang hobane li patehile ka har’a
bohlasoa!”—Mandy.
“Ke ile ka qeta beke ke ntse ke batla sepache sa ka. Seo se ile sa
ˇ
ntsulafalletsa bophelo haholo. Qetellong ke ile ka se fumana ha ke
hloekisa kamore ea ka.”—Frank.
Se tla u thusa. Leka ho khutlisetsa lintho moo li lulang teng kapele kamoo u ka khonang. Hleka lintho ka linako tsohle ho e-na le ho
emela hore ho be bohlasoa.
Seo u ka se etsang. Leka ho itloaetsa hore u be makhethe. Beha
lintho ka makhethe ’me u bone hore na seo se ke ke sa u nolofalletsa
bophelo.
seo ke rerang ho se etsa!
Ntho eo nka fokotsang nako eo ke e qetang ke e etsa ke
ı ..........................................................................................................................
Ke tla sebelisa nako eo ke etsa se latelang
..........................................................................................................................
Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka
tabeng ena ke
..........................................................................................................................
..........................................................................................................................
nako ea ka e fella hokae?
Ka beke, bacha ba pakeng tsa
lilemo tse 8 le 18 ba qeta lihora
tse kana ba etsa lintho tse
latelang:
17ba e-na le batsoali ba bona
30
ba le sekolong
44
ba shebeletse TV, ba
bapala lipapali tsa
video, ba romellana
melaetsa ba bile ba
mamela ’mino
Kopanya lihora tseo u li
qetang beke ka ’ngoe
u shebeletse TV ı ..............
u bapala lipapali
tsa video ..............
u le Inthaneteng ..............
u mametse ’mino ..............
Kakaretso0
..............
Lihora tseo nka li
qetang ke etsa lintho
tsa bohlokoa ..............
Nako ke ntho ea bohlokoa eo uena, bacha ba bang le batsoali ba
hao le nang le eona ka ho lekana letsatsi le letsatsi. Haeba u e senya,
lintho li tla u tsamaela hampe. Ha u e sebelisa hantle, u tla rua molemo. Ke uena ea tla ikhethela.
Na batsoali ba hao ba tsoa naheng
e ’ngoe? Na u ikutloa u le mokhelo ha u le sekolong kapa
lapeng? Bala kamoo u ka etsang hore boemo boo bo u tsoele
molemo kateng.
KHAOLONG E LATELANG
U NAHANA’NG KA SEE?
˘ Ha u ithuta ho hlophisa nako ea hao hona joale, seo
se tla u thusa joang hore u phethe boikarabelo ba hao
nakong e tlang?
˘ U ka ithuta eng ho batsoali ba hao tabeng ea ho
sebelisa nako hantle?
˘ Haeba u se u ntse u e-na le kemiso, u ka ’na ua lokela
ho etsa liphetoho life hore e u tsoele molemo haholo?
Nka sebelisa nako ea ka hantle joang? 155
22
Nka etsa joang ha ke
iphumana ke phela
litsong tse fapaneng?
`
Na ebe ’me
kapa ntate oa
hao o tsoa naheng e ’ngoe?
ı O E O Che
Na puo e buuoang
sekolong kapa setso
sa bana bao u kenang
sekolo le bona se fapane le sa hao?
OE
O Che
ˇ
“Lapeng re Mataliana, ’me Mataliana a bontsana
lerato le mofuthu pepenene. Hona joale re lula
Brithani. Batho ba mona ba bonahala ba hlophisehile
haholo ebile ba imametse. Ke utloa ho se setso seo ke
oelang hantle ho sona—ke na le mekhoa e mengata
ea Mataliana e etsang hore ke se ke ka oela hantle ho
Manyesemane, le teng ke na le e mengata ea
Manyesemane e etsang hore ke se ke ka oela hantle
ho Mataliana.”—Giosue` oa Engelane.
“Ha ke le sekolong, tichere ea ka e ne e mpolella
hore ke e shebe mahlong ha e bua. Empa ha ke sheba
Ntate mahlong ha a bua, o re kea tella. Ke ikutloa ke
tlaletsoe ka lebaka la ho phela litsong tse peli tse
fapaneng.”—Patrick ea hlahetseng Fora ’me batsoali ba
hae ba tsoa Algeria.
HA BATSOALI ba hao ba ne ba falla, ba ile ba tobana le mathata
a tebileng. Ba ile ba iphumana ba le ka har’a batho bao puo ea
bona, setso sa bona hammoho le tsela eo ba aparang ka eona e fapaneng le ea bona. Joale ba ne ba bonahala e le mekhelo. Ka lebaka leo, e ka ’na eaba batho ba ne ba sa ba hlomphe ’me ba ba khetholla.
ˇ
Na le uena u etsahalletsoe ke se tsoanang? Ka tlaase mona ho
thathamisitsoe mathata a mang ao bacha ba bang ba boemong
ˇ
bona ba tobaneng le ’ona. Tsoaea haufi le boemo bo u thatafallang ka ho fetisisa.
O Ho songoa. Noor o ne a sa le monyenyane ha lelapa labo le
falla Jordan le ea Amerika Leboea. O re: “Re ne re apara ka tsela
ˇ
e fapaneng le ea batho ba moo, kahoo ba ne ba re tseha. Re ne re
boetse re sa utloisise metlae ea Maamerika.”
O Bothata ba ho se tsebe hore na u oela setsong sefe. Ngoanana e mong ea bitsoang Nadia o re: “Ke hlahetse Jeremane. Kaha
batsoali ba ka ke Mataliana, ha ke bua Sejeremane ho ne ho utloahala hore ha ke Mojeremane, ’me bana ba bang sekolong ba ne
ba mpitsa ‘sethoto sa molata.’ Ha ke etetse Italy, batho ba re ke bua
Setaliana ka tsela ea Sejeremane. Kahoo, ha ke tsebe hantle hore
na ke oela setsong sefe. Hohle moo ke eang, ke ntse ke le molata.”
Nka etsa joang ha ke iphumana ke phela litsong tse fapaneng? 157
O Lekhalo le bakoang ke setso lapeng. Ana o ne a le lilemo
li robeli ha a fallela Engelane le lelapa labo. O re: “ ’Na le khaitseli ea ka ha rea ka ra thatafalloa ho tloaela bophelo ba London.
Empa batsoali ba ka bona ba ile ba thatafalloa, kaha ba ne ba phetse nako e telele sehlekehlekeng se senyenyane sa Madeira se oelang tlas’a Portugal.”
Voeun o ne a le lilemo li tharo ha batsoali ba hae ba Macambodia ba fihla Australia. O re: “Batsoali ba ka ba ntse ba e-s’o tloaele
bophelo ba mona hantle. Ha e le hantle, Ntate o ne a atisa ho koata le ho halefisoa ke hore ebe ke ne ke sa utloisise tsela eo a ikutloang le ho nahana ka eona.”
O Lekhalo le bakoang ke puo lapeng. Ian o ne a le lilemo li
robeli ha lelapa labo le falla Ecuador le ea New York. Ka mor’a
ˇ
hore a qete lilemo tse tseletseng a le United States, o re: “Hona
joale ke bua Senyesemane ho feta Sepanishe. Sekolong, matichere a bua Senyesemane, metsoalle ea ka e bua Senyesemane, ebile
ke buisana le ngoan’eso ka Senyesemane. Ke ntse ke tlala SenyeseNA U NE U TSEBA . . .
mane ka hloohong ’me Sepanishe
Haeba u khona ho bua
sona sea tsoa.”
lipuo tse peli hantle, seo
Lee ea hlahetseng Australia
se ka ’na sa eketsa moempa batsoali ba hae e le Macamnyetla oa hore u fumane
mosebetsi.
bodia, o re: “Ha ke bua le batsoali
ba ka ’me ke batla ho ba hlalosetsa
hore na ke ikutloa joang ka taba e
itseng, ke sitoa ho bua puo ea bona hantle.”
Noor ea qotsitsoeng pejana o re: “Ntate o ile a leka ho re phehella hore re bue puo ea hae ha re le lapeng, empa re ne re sa batle ho bua Searabia. Re ne re nka hore ho ithuta Searabia ke mo¯
roalo feela o boima. Metsoalle ea rona e ne e bua Senyesemane.
Mananeo a TV ao re neng re a shebella kaofela e ne e le a Senyeˇ
semane. Re sa itsoenyetsa’ng ka ho ithuta Searabia?”
?
U ka Etsa’ng?
Joalokaha mantsoe a builoeng ke bacha ba boletsoeng ka hoˇ
limo a bontsa, hase uena feela ea tobanang le mathata ana. Ho
158 bacha baa botsa
=
“Molimo ha a leeme.”—Liketso 10:34.
˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙
e-na le hore u sebetsane le ’ona, u ka ’na ua leka ho fetola setso sa
hao ka ho feletseng ’me ua ikamahanya le setso sa moo u seng u
lula teng. Leha ho le joalo, ho etsa seo ho ka ’na ha khopisa batsoali ba hao ’me ha u ferekanya. Ho e-na le hoo, ke hobane’ng ha
u sa ithute ho sebetsana le mathata ao ’me u rue molemo boemong boo? Nahana ka litlhahiso tse latelang:
Seo u ka se etsang ha u songoa. Ho sa tsotellehe hore na u
etsa’ng, u ke ke ua ratoa ke batho bohle. Batho ba ratang ho soma
ba bang, ba tla lula ba fumana lebaka la ho ba soma. (Liproverbia
ˇ
18:24) Kahoo u se ke ua itsenyetsa nako ka ho leka ho lokisa maikutlo a bona a leeme. Morena Solomone ea bohlale o ile a re: “Basomi ha ba rate ho khalemeloa.” (Liproverbia 15:12, Contempoˇ
rary English Version) Ha motho a bua lintho tse bontsang leeme
ˇ
ka motho e mong seo se bontsa hore ha a na tsebo, ho e-na le ho
senola liphoso tsa eo a buang ka eena.
Kamoo u ka sebetsanang kateng le ho se tsebe hore na u
oela setsong sefe. Ke ntho ea tlhaho hore motho a batle ho amahanngoa le sehlopha se itseng, joaloka ho ba oa lelapa kapa setso
se itseng. Empa ke phoso ho nahana hore, e le hore u be moˇ
tho ua bohlokoa ho itsetlehile ka hore na u tsoa setsong sefe
ˇ
kapa lelapeng lefe. Batho ba ka ’na ba u ahlola ba itsetlehile ka
seo, empa Molimo eena ha a etse
KELETSO
joalo. Moapostola Petrose o ile a
re: “Molimo ha a leeme, empa seHaeba bana ba bang ba
chabeng se seng le se seng motho
u soma ka setso sa heno,
ˇ
ea mo tsabang le ea sebetsang ho
u se ke ua nkela taba eo
loka oa amoheleha ho eena.” (Lihloohong empa u etse
motlae ka eona. Ha u
ketso 10:34, 35) Haeba u etsa soetsa joalo, ba ka ’na ba
hle seo u ka se khonang ho thabikhaotsa ho u soma.
sa Jehova Molimo, o tla u nka u le
karolo ea lelapa la hae. (Esaia 43:
10; Mareka 10:29, 30) Ha ho na
Nka etsa joang ha ke iphumana ke phela litsong tse fapaneng? 159
‘‘
Ho thusa ba bang hoa nthabisa. Nka
hlalosetsa batho ba buang Serussia, Sefora,
kapa Semoldova, Bibele.
—Oleg
’’
ntho e molemo ho feta hore Molimo a u nke u le karolo ea lelapa
la hae.
Seo u ka se etsang ho koala lekhalo le bakoang ke setso lapeng. Hoo e batlang e le malapeng ’ohle, bana le batsoali ba tla taˇ
ˇ
lima lintho ka tsela e sa tsoaneng. Boemong ba hao, ho se tsoane
¯
ha lona ka maikutlo ho ka ’na ha totobala le ho feta—batsoali ba
hao ba batla hore u phele ka meetlo ea naheng eo le tsoang ho
eona, empa uena u batla ho ikamahanya le meetlo ea naheng eo le
seng le lula ho eona. Leha ho le joalo, haeba u batla hore lintho
li u tsamaele hantle bophelong, u lokela ho “hlompha ntat’ao le
’m’ao.”—Baefese 6:2, 3.
Ho e-na le hore u fetohele meetlo ea batsoali ba hao hobane u
sa e rate, leka ho utloisisa lebaka leo ba hlomphang meetlo eo ka
lona. (Liproverbia 2:10, 11) Ak’u ipotse lipotso tse latelang: ‘Na
meetlo ee e khahlanong le melao-motheo ea Bibele? Haeba ha e
khahlanong le eona, ke’ng ka ho khetheha eo ke sa e rateng ka
meetlo eo? Nka hlalosetsa batsoali ba ka maikutlo a ka joang taˇ
beng ee ka tsela e bontsang tlhompho?’ (Liketso 5:29) Ho hlakile
hore u tla nolofalloa ho hlompha batsoali ba hao—ho utloisisa
tsela eo ba nahanang ka eona le ho ba hlalosetsa seo u se nahanang—haeba u khona ho bua puo ea bona hantle.
Seo u ka se etsang ho koala lekhalo le bakoang ke puo lapeng. Malapa a mang a hlokometse hore ha batsoali le bana ba
phehella ho bua sehahabo bona feela ha ba le lapeng, seo se thusa
bana hore ba ithute ho bua lipuo tse peli hantle. Ke hobane’ng
ˇ
¯
ha le sa leke ho etsa se tsoanang ha le le lapeng? U ka ba ua kopa
batsoali ba hao hore ba u thuse hore u tsebe ho ngola puo eo. Ste¯
lios ea holetseng Jeremane empa batsoali ba hae ba bua Segerike,
ˇ
o re: “Batsoali ba ka ba ne ba atisa ho tsohla temana ea Bibele le
’na letsatsi le leng le le leng. Ba ne ba mpalla eona ebe ’na kea e
ngola. Hona joale ke khona ho bala le ho ngola Segerike le Sejeremane.”
160 bacha baa botsa
U ka khetha ho talima
setso sa heno e le
borokho bo u kopanyang
le batho ba bang
`
Ho na le molemo ofe o mong? Giosue ea qotsitsoeng pejana
o re: “Ke ithutile puo ea batsoali ba ka hobane ke ne ke batla ho
utloisisa tsela eo ba ikutloang ka eona le eo ba talimang lintho tsa
moea ka eona. Ho ithuta puo ea bona ho nthusitse hore ke utloisise hore na ba ikutloa joang. Ebile ho ba thusitse hore ba nkutloisise.”
Ke Borokho, Eseng Lekhalo
Na u talima setso sa hao e le lekhalo le u arohanyang le batho
ba bang kapa e le borokho bo u kopanyang le bona? Bacha ba bangata ba Bakreste ba hlokometse hore ho na le mabaka a mang ao
ˇ
ka ’ona ba lokelang ho koala lekhalo pakeng tsa litso tse sa tsoaneng. Ba batla ho bolella bajaki ba bang litaba tse molemo tsa
˜
’Muso oa Molimo. (Matheu 24:14; 28:19, 20) Salomao eo lelapa
labo le ileng la fallela London ha a ne a le lilemo li hlano, o re: “Ruri
seo ke rerang ho se etsa!
E le hore ke ntlafatse tsela eo ke utloisisang puo ea batsoali ba ka
ka eona, ke tla
ı .................................................................................................................................
.................................................................................................................................
Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka
tabeng ena ke
.................................................................................................................................
.................................................................................................................................
hoa thabisa ho khona ho hlalosa Mangolo ka lipuo tse peli! Ke batlile ke lebala puo ea heso, empa kaha hona joale ke phuthehong
ea Sepotoketsi, ke khona ho bua Senyesemane le Sepotoketsi hantle.”
Noor ea qotsitsoeng pejana o ile a elelloa hore ho ne ho hlokahala baevangeli ba buang Searabia. O re: “Hajoale ke ithuta puo
eo ’me ke leka ho ikhopotsa eona. Ke ikutloa ka tsela e fapaneng.
Hona joale ke batla hore batho ba mpolelle ha ke etsa liphoso. Ke
batla ho ithuta.”
Ka sebele, haeba u tloaetse ho phela le batho ba litso tse peli
’me u khona ho bua lipuo tse peli kapa ho feta moo, seo se molemo haholo. Ho tseba litso tse peli ho u nolofalletsa hore u utloisise maikutlo a batho ba bang le hore u tsebe ho araba lipotso tseo
ba li botsang ka Molimo. (Liproverbia 15:23) Preeti ea hlahetseng
Engelane empa batsoali ba hae e le Maindia, o re: “Kaha ke utloisisa litso tseo ka bobeli, ke ikutloa ke phutholohile haholoanyane
ˇ
ha ke le tsebeletsong. Ke utloisisa batho ba litso tseo ka bobeli—seo ba se lumelang le tsela eo ba ikutloang ka eona.”
Na le uena u ka talima boemo ba hao e le bo ruisang molemo
ˇ
ho fapana le ho ba tsitiso? Hopola hore Jehova o u rata ka lebaka
la seo u leng sona, eseng hore na uena kapa lelapa leno le tsoa sebakeng sefe. Na le uena, joaloka bacha ba qotsitsoeng khaolong
ee, u ka sebelisa tsebo ea hao le phihlelo eo u nang le eona ho thu¯
sa batho ba setso sa heno hore ba ithute ka Molimo oa rona ea se
nang leeme le ea lerato, Jehova? Ho etsa joalo ho ka u tlisetsa thabo ea sebele!—Liketso 20:35.
U NAHANA’NG KA SEE?
˘ Ho tseba setso sa batsoali ba hao ho ka u thusa joang
hore u itsebe haholoanyane?
¯
˘ Ha u bapisoa le bacha ba holetseng setsong se le
seng, u na le menyetla efe?
162 bacha baa botsa
3
HA U LE SEKOLONG LE HA U SE TENG
lintlha tsa botho
Hlalosa hore na u seithuti sa mofuta ofe le hore na ke
hobane’ng ha u nahana joalo.
ı
Ngola litsela tse ling tseo sekolo se u ruisitseng molemo
ka tsona.
163
4
HO KOPANELA
LIPHATE,
ˇ
BOITSOARO LE LERATO
165 Ho Ratana ˇ ha Batho ba
Bong bo Tsoanang
172 Ho Kopanela Liphate Pele
ho Lenyalo
178 Ho Iphollaˇ Litho Tsa Botona
Kapa Botsehali
183 Ho Itlosa Bolutu ka ho
Kopanela Liphate
188 Bashanyana
195 Banana
203 Lerato la Sebele
212 Lenyalo
221 Karohano
228 Batho ba Hlekefetsang ba
Bang ka Thobalano
23
Bibele e re’ng ka ho
ratana ha ˇ batho ba bong
bo tsoanang?
Batho ba neng ba tlile moketeng oa likhau ba ile ba
hlaba litlatse ha basali ba babeli ba tummeng lifiliming ba
lumelisana ka ho sunana ka tsela ea baratani! Bashebelli
ba ile ba makalaˇ ba ntan’o hlaba litlatse.¯ Batho ba ratanang
le ba bong bo tsoanang ba re seo ke tlholo. Batho ba bang
ba re eo ke tsela feela ea ho ipitsetsa mahlo. Matsatsi ka
mor’a moo, video ea basali bao ba sunanang e tla bapaloa
khafetsa khasong ea litaba tsa thelevishene—’me e hohele batho ba limilione hore ba e shebe Inthaneteng.
ˇ
JOALOKAHA ho bontsitsoe ka holimo, ha motho ea tummeng a
fana ka maikutlo kapa a bolela phatlalatsa hore o rata batho ba bong
ˇ
bo tsoanang ebile o rata le ba bong bo fapaneng le ba hae, seo se
etsa hore ba mecha ea litaba ba bue haholo ka taba eo. Batho ba
ˇ
Bibele e re’ng ka ho ratana ha batho ba bong bo t soanang? 165
bang ba babatsa batho ba joalo ka hore ba sebete; ha ba bang bona
ˇ
ba ba nyatsa ka hore ba itsoere hampe. Ho boetse ho na le ba bang
ˇ
ba bangata ba talimang ho ratana le batho ba bong bo tsoanang e le
mokhoa o mong feela oa ho phela. Daniel ea lilemo li 21 o re: “Ha
ke ne ke le sekolong, esita le bana ba ratanang le batho ba bong bo
fapaneng, ba ne ba nka hore motho o khetholla ba bang ebile oa ba
ahlola haeba a sa amohele mokhoa oo.”
Tsela eo batho ba ikutloang ka eona ka ho ratana ha batho ba
ˇ
bong bo tsoanang e ka ’na ea fapana ho ea ka hore na ba phetse mehleng efe kapa ho ea ka libaka. Empa Bakreste ha ba ‘isoe koana le
koana ke moea o mong le o mong oa thuto.’ (Baefese 4:14) Ho e-na
le hoo, ba khomarela pono ea Bibele.
ˇ
Pono ea Bibele ke efe ka ho ratana ha batho ba bong bo tsoaˇ
nang? Haeba u phela ka melao ea Bibele ea boitsoaro, u ka re’ng ho
batho ba reng u na le khethollo, u ahlola ba bang, kapa u hloile baˇ
tho ba ratanang le ba bong bo tsoanang? Nahana ka lipotso kapa lipolelo tse latelang le tsela eo u ka ’nang ua li araba ka eona.
ˇ
“Bibele e re’ng ka ho ratana ha batho ba bong bo tsoanang?”
“Bibele e hlakisa hore Molimo o ne a reretse hore e be monna
le mosali feela ba kopanelang liphate le hona ha ba le tokisetsong ea
lenyalo. (Genese 1:27, 28; Levitike 18:22; Liproverbia 5:18, 19) Ha
ˇ
Bibele e nyatsa bohlola e bua ka boitsoaro ba ho kopanela liphate bo
ˇ
etsoang ke batho ba ratanang le ba bong bo tsoanang hammoho le
ˇ
ˇ
boitsoaro bo litsila bo etsoang ke ba bong bo fapaneng.”1—Bagalata 5:19-21.
NA U NE U TSEBA . . .
“U nahana’ng ka ho ratana
ˇ
ha batho ba bong bo tsoanang?”
Bakreste ba bang ba
“Ha kea hloea batho ba ratalekholong la pele la
ˇ
nang le ba bong bo tsoanang le ba
lilemo bao e neng e le
bona, empa ha ke lumellane le boibasodoma ba ile ba
ˇ
fetola
mekhoa ea bona e
tsoaro ba bona.”
ˇ
litsila ’me ‘ba hlatsuoa
Hopola: Haeba u tataisoa ke
hore ba hloeke’ mahlong
a Molimo.—1 Bakorinthe
1 Lentsoe le sebelisitsoeng ka Bibeleng e
6:9-11.
le “bohlola” ha le bolele feela ho kopanela li-
?
phate empa le akarelletsa liketso tse kang
ˇ ho
phollana litho tsa botona kapa tsa botsehali,
ho li nyanyana, kapa ho li kenya ka morao.
166 bacha baa botsa
BALA
BALA HO
HO EKETSEHILENG
EKETSEHILENG KA
KA TABA
TABA ENA
ENA
BUKENG
BUKENG EA
EA 2,
2, KHAOLONG
KHAOLONG EA 28
=
¯ “Ka hona, le
ˇ bolaee litho tsa ’mele ea
lona tse lefatseng mabapi le bohlola, ho
ˇ se
hloeke, takatso ea botona kapa ea botsehali,
takatso e kotsi, le ho chacheha
ka mohono,
ˇ
ˇ
e leng borapeli ba litsoantso.”—Bakolose 3:5.
˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙
ˇ
melao ea Bibele ea boitsoaro, eo ke tsela eo u khethileng ho phela
ka eona, ’me ke tokelo ea hao. (Joshua 24:15) U se ke ua hlajoa ke
lihlong ka tsela eo u ikutloang ka eona.—Pesaleme ea 119:46.
“Na Bakreste ha baa lokela ho hlompha batho bohle, ebang
ˇ
ba ratana le ba bong bo tsoanang le ba bona kapa che?”
“E, ba lokela ho ba hlompha. Bibele e re: ‘Hlomphang batho
ba mefuta eohle’ kapa joalokaha Bibele ea Sesotho e bolela, ‘Hlomphang batho bohle.’ (1 Petrose 2:17) Kahoo Bakreste ha baa
ˇ
hloea batho ba ratanang le ba bong bo tsoanang. Ba mosa ho batho
ˇ
bohle, ho akarelletsa ba ratanang le ba bong bo tsoanang.”—Matheu 7:12.
“Na tsela eo u ikutloang ka eona ka ho ratana ha batho ba
ˇ
bong bo tsoanang ha e khothalletse hore ba khetholloe?”
ˇ
“Che. Ke hloile boitsoaro ba batho ba ratanang le ba bong bo
ˇ
tsoanang, eseng bona.”
U ka phaella ka ho re: “Ka mohlala, ke boetse ke khethile hore
ke se ke ka tsuba. Ha e le hantle, ha ke batle ho utloa letho ka ho
tsuba. Empa ha re re ua tsuba ’me
KELETSO
u ikutloa ka tsela e fapaneng. Ke ne
nke ke ka u khetholla ka lebaka la
Le hoja tsela eo
tsela eo u ikutloang ka eona, feeˇ batho
ba bang ba itsoarang ka
la joalokaha ke kholisehile hore le
eona
e ka ’na ea u
ˇ
uena u ke ke ua nkhetholla ka lebatsoenya, qoba ho iketsa
ka la tsela eo ke ikutloang ka eona
moloki. Ha e le hantle, ba
ˇ
na le bolokolohi ba ho
—na ha ho joalo? Hoa tsoana le
¯
ikhethela seo ba batlang
tabeng ea maikutlo a rona a fapaho se lumela—feela
neng ka batho ba ratanang le ba
ˇ
joaloka uena.
bong bo tsoanang.”
“Na Jesu ha aa ka a ruta hore
ˇ
Bibele e re’ng ka ho ratana ha batho ba bong bo t soanang? 167
ho thoe’ng ka ba khahloang ke
banana le bashanyana?
Le hoja banana le bashanyana ba ka rata batho ba bong bo
ˇ
fapaneng le ba bong bo tsoanang ka nako e le ’ngoe, ho bonahala
eka mokhoa ona o ntse o ata haholo ho banana. Ba bang ba etsoa
ke ho ba bohelehele. Lisa ea lilemo li 26 o re: “Ha ho hlahisoa banana ba sunana lifiliming, mananeong a thelevishene le ’minong,
bacha ba tla batla ho ba etsisa—haholo-holo ha ba sa bone seo e le
phoso.”
Athe ba bang bona ho bonahala eka ba khahloa ke batho bao
e le kannete. Vicky ea lilemo li 13 o re: “Ha ke le phathing e ’ngoe,
ke ile ka kopana le banana ba bang ba babeli ba ratang batho ba
ˇ
bong bo tsoanang le ba bona ba bileng ba ratang bashanyana, ’me
hamorao motsoalle oa ka a mpolella hore baa nthata. Ka mor’a
moo, ke ile ka qala ho romellana melaetsa le e mong oa bona, ’me
ka qala ho mo rata.”
Na u kile ua ikutloa joaloka Vicky? Batho ba bangata ba tla
u khothalletsa hore u amohele tsela eo u ikutloang ka eona ’me u
ˇ
lumele hore u khahloa ke banana le bashanyana ka tsela e tsoanang. Leha ho le joalo, u lokela ho elelloa hore ho khahloa ke baˇ
tho ba bong bo tsoanang le ba hao, hangata ke boikutlo bo iphetelang ka mor’a nako e itseng. Ke seo Vicky a se hlokometseng.
Lisette ea lilemo li 16 le eena o hlokometse seo. O re: “Ho buisana
le batsoali ba ka ka tsela eo ke ikutloang ka eona ho ile ha nthusa.
Ho phaella moo, ha ke ntse ke ithuta baeloji sekolong, ke ile ka
hlokomela hore lihomone li feto-fetoha haholo lilemong tsa bocha.
Ruri ke nahana hore haeba bacha ba bangata ba ne ba utloisisa
’mele ea bona haholoanyane, ba ne ba tla bona hore ho khahloa ke
ˇ
batho ba bong bo tsoanang le ba bona ke ntho ea nakoana ’me ba
ne ba ke ke ba ikutloa ba qobelleha hore ba ratane le bona.”
Esita le haeba boikutlo boo u nang le bona e se ba nakoana bo
¯
tsamaeang le ho hola, hlokomela hore Bibele e u behela pakane
eo u ka e finyellang: U ka khetha ho se khotsofatse litakatso leha e
le life tse fosahetseng.
168 bacha baa botsa
re lokela ho amohela ba bang? Haeba ho joalo, na Bakreste ha
ˇ
baa lokela ho amohela boitsoaro ba batho ba ratanang le ba
ˇ
bong bo tsoanang?”
“Jesu ha aa ka a khothalletsa balateli ba hae hore ba amohele
mekhoa eohle ea bophelo. Ho e-na le hoo, o ile a ruta hore tsela e
ˇ
isang polokong e bulehetse ‘e mong le e mong ea bontsang tumelo
ˇ
ho eena.’ (Johanne 3:16) Ho bontsa tumelo ho Jesu ho akarelletsa
ˇ
ho latela molao oa Molimo oa boitsoaro, o hanelang mekhoa e
ˇ
itseng ea boitsoaro—e akarelletsang ho ratana ha batho ba bong bo
ˇ
tsoanang.”—Baroma 1:26, 27.
ˇ
“Batho ba ratanang le ba bong bo tsoanang ba ke ke ba khona ho fetola tsela eo ba leng ka eona; ba hlahile ba le joalo.”
“Bibele ha e bue ka hore na ’mele ea batho ba ratanang le ba
ˇ
¯
bong bo tsoanang e bopehile joang, le hoja e lumela hore ho na le
mekhoa e itseng e metseng ka metso. (2 Bakorinthe 10:4, 5) Esita
le haeba ba bang ba sekametse mokhoeng oo, Bibele e re Bakreste
ba lokela ho qoba lintho tse etsoang ke batho ba ratanang le ba bong
ˇ
bo tsoanang.”
Tlhahiso: Ho e-na le ho pheha khang ka hore na ke’ng e etsang
ˇ
hore motho a lakatse ho ratana le batho ba bong bo tsoanang, totoˇ
batsa hore Bibele e hanela boitsoaro boo. Ka mohlala, u ka ’na ua re: “Ua tseba hore batho ba bangata ba re liphatsa tsa lefutso li ka etsa hore
motho a be mabifi, ’me batho ba bang ba sekamela ho ba mabifi. (Liproverbia 29:22) Ho
thoe’ng haeba seo e ne e le ’nete? E ka ’na
eaba ua tseba hore Bibele e nyatsa khalefo. (Pesaleme ea 37:8; Baefese 4:31) Na
molao oo o leeme hobane feela ba bang
ba sekametse liketsong tse mabifi?”
Ha ho tluoa tabeng ea ho
latela bongata,
Bakreste
ˇ
ba bontsa sebete kaˇ hore
ba se ke ba ea le letsoele
‘‘
Moshanyana e mong sekolong o ne a nahana hore
ke motho e mobe ha ke nyatsa tsela eo a phelang
ka eona. Empa eitse ha ke mo hlalosetsa hore
hase hore ke nyatsa eena—le ha a hlokomela hore
ˇ
ke ne ke sa rate mefuta eohle ea boitsoaro bo
bobe, e akarelletsang ho ratana ha batho ba bong
ˇ
bo tsoanang—o ile a qala ho ntlhompha esita le ho
ˇ
ntsireletsa ha ba bang ba nkhanyetsa.
—Aubrey
’’
“Ke joang Molimo a ka reng motho ea khahloang ke batho
ˇ
ba bong bo tsoanang le ba hae a qobe ho ba rata? Taba eo e
utloahala e le bokhopo.”
“Monahano o joalo o thehiloe khopolong e fosahetseng ea hore
batho ba lokela ho khotsofatsa takatso ea bona ea ho kopanela liphate. Bibele e tlotla batho ka ho ba tiisetsa hore ba ka khetha ho
se khotsofatse takatso e sa lokelang ea ho kopanela liphate, haeba
ba hlile ba batla.”—Bakolose 3:5.
ˇ
“Esita le haeba ha u ratane le batho ba bong bo tsoanang le
seo ke rerang ho se etsa!
Haeba
ˇ e mong a re pono ea Bibele ka ho ratana ha batho ba bong
bo tsoanang e siiloe ke nako, ke tla re
ı ..........................................................................................................................
..........................................................................................................................
ˇ
E le ho hlakisa hore ke nyatsa boitsoaro boo—eseng batho,
ke tla re
..........................................................................................................................
..........................................................................................................................
Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka
tabeng ena ke
..........................................................................................................................
..........................................................................................................................
ba hao, u lokela ho fetola tsela eo u ikutloang ka eona ka taba
ena.”
“Ha re re u rata ho becha empa ’na ha ke ho rate. Na e ne e tla
ba ho utloahalang hore u nqobelle ho fetola maikutlo a ka, hobane
feela batho ba limilione ba khetha ho becha?”
Hopola: Joaloka batho ba bang ba bangata, batho ba ratanang
ˇ
le ba bong bo tsoanang le ba bona, ba na le melao e itseng ea boiˇ
tsoaro e etsang hore ba hloee liketso tse itseng—tse kang bomeneˇ
mene, ho hloka toka le ntoa. Bibele e hanela boitsoaro boo; e boeˇ
tse e hanela mefuta e itseng ea boitsoaro ba ho kopanela liphate, e
akarelletsang bosodoma.—1 Bakorinthe 6:9, 10.
Bibele e ruta lithuto tse utloahalang ebile ha e khothalletse kheˇ
thollo. E mpa e laela batho ba lakatsang ho kopanela boitsoarong
ˇ
boo hore ba etse se tsoanang le se lebeletsoeng ho batho ba khahloang ke ba bong bo fapaneng—e leng hore ba ‘balehele bohlola.’
—1 Bakorinthe 6:18.
Ke ’nete hore banna le basali ba limilione ba lakatsang ho latela
ˇ
melao ea Bibele ba sebelisa boitsoaro ho sa tsotellehe liteko tseo ba
ka ’nang ba tobana le tsona. Ba akarelletsa masoha a mangata a se
nang monyetla o mokaalo oa hore a ka kena lenyalong le ba bangata ba nang le balekane ba holofetseng ba sitoang ho kopanela liphate. Le hoja ba sa khone ho khotsofatsa takatso ea bona ea ho kopanela liphate, ba thabile bophelong. Batho ba khahloang ke batho
ˇ
ba bong bo tsoanang le ba bona ba ka etsa seo haeba ruri ba batla
ho khahlisa Molimo.—Deuteronoma 30:19.
Banana ba bang ba nahana hore ha
ba kopanela liphate le mohlankana, seo se tla tiisa kamano
ea bona. Empa ha ho joalo! Bala lebaka la seo.
KHAOLONG E LATELANG
U NAHANA’NG KA SEE?
˘ Ke hobane’ng ha Molimo
a e-na le tokelo ea ho behela
ˇ
batho melao ea boitsoaro?
˘ U rua molemo
joang ha u khomarela melao ea Bibele
ˇ
ea boitsoaro?
ˇ
Bibele e re’ng ka ho ratana ha batho ba bong bo t soanang? 171
24
Na ho kopanela liphate
¯
ho tla tiisa kamano ea rona?
Heather o ne a qetile likhoeli tse peli feela a ratana
le Mike, empa o ne a se a utloa eka ke khale a mo tseba. Ba ne ba lula ba romellana melaetsa ka selefouno,
’me ba qeta lihora
ba buisana ka fono, ba bile ba nahana
ˇ
lintho ka ho tsoana! Empa joale
ˇ ha ba ntse ba lutse ka
koloing e pakiloeng, ba khantselitsoe ke ngoeli, Mike o
batla ho fetang moqoqo feela.
Likhoeling
ˇ tse peli tse fetileng, Mike le Heather ba
’nile ba tsoarana ka matsoho feela le ho akana hanyenyane. Heather ha a batle ho fetela pele. Empa le teng
ha a batle ho lahleheloa ke Mike. Mike o etsa hore a
ikutloe a le motle a bile a ikhetha. O ipolella hore:
‘Etsoe ’na le Mike rea ratana . . . ’
172 bacha baa botsa
MOHLOMONG u ka inahanela hore na boemo bona bo lebisa
hokae. Empa u ka ’na ua se ke ua hlokomela kamoo ho kopanela liphate ho tlang ho senya kamano ea Mike le Heather kateng.
Ak’u nahane ka se latelang:
Haeba u hlokomoloha molao oa tlhaho, o kang oa matla a
ˇ
khoheli, u kotula litholoana tse babang. Ho etsahala se tsoanang
ˇ
ha u hlokomoloha molao oa boitsoaro, o kang o reng: “Le ile bohlola.” (1 Bathesalonika 4:3) Ho se mamele taelo eo ho hlahisa
liphello life? Bibele e re: “Ea tloaetseng ho etsa bohlola o siteloa ’mele oa hae.” (1 Bakorinthe
6:18) See ke ’nete hakae? Ka tlaase mona, leka ho thathamisa
lintho tse tharo tse bohloko tse ka hlahelang ba kopanelang liphate pele ho lenyalo.
1 ı ...........................................................................................
2 ..............................................................................................
3 ..............................................................................................
Joale sheba lintlha tseo u li ngotseng. Na u thathamisitse liˇ
ntho tse kang lefu le tsoaetsanoang ka ho kopanela liphate, ho
ima ho sa batleheng, kapa ho se amoheloe ke Molimo? Ka sebele tseo ke liphello tse bohloko tse ka hlahelang leha e le mang ea
¯
tlolang molao oa Molimo mabapi le bohlola.
Empa u ntse u ka ’na ua lekeha ho etsa seo. U ka ’na ua re
ka pelong, ‘Ha ho letho le tla ntlhahela.’ Etsoe na bacha ba bang
bohle ha ba kopanele liphate? Bacha ba bang sekolong ba ithorisa ka ho kopanela liphate, ’me ha ho bonahale eka seo se ba
ˇ
ntsa kotsi. Mohlomong joaloka Heather ea boletsoeng qalong, u
¯
nka hore ho kopanela liphate ho tla tiisa kamano ea lona. Etsoe
ke mang ea batlang ho songoa ka
hore ha a e-s’o ka a kopanela liNA U NE U TSEBA . . .
phate? Na ha ho molemo hore u
Ka mor’a hore
inehele?
moshanyana a kopanele
Ak’u nahane ka sena pele!
liphate le kharebe ea hae,
Ntlha ea pele, hase bacha bohle
hangata oa e lahla ebe o
batla e ’ngoe.
ba kopanelang liphate. Ke ’nete
hore u ka ’na ua bala ka lipaloˇ
palo tse bontsang hore bacha ba
bangata ba kopanela liphate. Ka
ˇ
mohlala, phuputso e entsoeng United States e bontsa hore bacha ba babeli ho ba bararo ba qetang sekolong se phahameng
naheng eo, ba kopanela liphate. Empa seo se boetse se bolela
¯ ¯
hore mocha a le mong ho ba bararo—e leng palo e kholo—ha
ba kopanele liphate. Joale ho etsahala’ng ka ba kopanelang liphate? Bafuputsi ba fumane hore ba bangata ba bacha bao ba tobana le bo bong kapa a mang a mathata a latelang.
ˇ
BOTHATA BA 1 HO TSOENYEHA. Bacha ba bangata ba kopa˝
netseng liphate pele ho lenyalo ba re ba ikoahlaela seo hamorao.
?
174 bacha baa botsa
BALA
BALA HO
HO EKETSEHILENG
EKETSEHILENG KA
KA TABA
TABA ENA
ENA
BUKENG
BUKENG EA
EA 2,
2, KHAOLONG
KHAOLONG EA
EA 44 LE
LE EA
EA 55
=
“Balehelang bohlola. . . . Ea tloaetseng
ho etsa bohlola o siteloa ’mele oa hae.”
—1 Bakorinthe 6:18.
˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙
ˇ
BOTHATA BA 2 HO SE TSEPANE. Ka mor’a ho kopanela li˝
phate, ka bobeli ba qala ho ipotsa, ‘Ebe o robetse le mang hape?’
BOTHATA BA 3 HO SOETSEHA. Botebong ba pelo, banana ba
˝
bangata ba ka rata hore ba be le mohlankana ea tla ba sireletsa,
eseng ea batlang ho fumana lintho tse itseng ho bona. Bashanyana ba bangata ba hlokometse hore ha ba khahloe hakaalo ke
ngoanana ea lumelang ha ba mo hokahoka.
Ho phaella lintlheng tse ka holimo, bashanyana ba bangata
ba boletse hore ba ke ke ba nyala ngoanana eo ba kopanetseng
liphate le eena. Hobane’ng? Hobane ba rata ngoanana ea hloekiˇ
leng boitsoarong!
Haeba u ngoanana, na seo sea u makatsa—kapa ebile sea u
halefisa? Joale hopola sena: Liphello tse hlahisoang ke ho kopa¯
ˇ
nela liphate pele ho lenyalo li fapane hole le se bontsoang lifiliming le thelevisheneng. Indasteri ea boithabiso e khabisa taba
ea bacha ba kopanelang liphate ’me e etsa hore ba bonahale
eka ehlile baa ratana. Empa u se ke ua ea le khongoana holimo!
Batho ba lekang ho u qobella ho
kopanela liphate pele ho lenyalo
KELETSO
ba mpa ba ipatlela lithahasello tsa
Haˇ ho tluoa tseleng eo u
bona feela. (1 Bakorinthe 13:4, 5)
itsoarang ka eona ha u
Etsoe na motho ea u ratang e le
e-na le motho oa bong bo
kannete a ka u beha kotsing ’mefapaneng, u lokela ho
leng le maikutlong? (Liproverbia
latela tataiso ena e
5:3, 4) Hona na motho ea u tsomolemo: Haeba ke ntho
eo u ke keng ua batla
tellang e le kannete a ka leka ho
hore batsoali ba hao ba u
senya kamano ea hao le Molimo?
bone u e etsa, joale ha ua
—Baheberu 13:4.
lokela ho e etsa.
Haeba u mohlankana ea nang
le kharebe, lintlha tse boletsoeng
¯
Na ho kopanela liphate ho tla tiisa kamano ea rona? 175
‘‘
ˇ
Kaha u Mokreste, u na le litsobotsi tse tla etsa
hore u khahle batho ba bang. Kahoo u lokela ho
¯
ba hlokolosi ’me u hane ha batho ba u kopa hore u
ˇ
ˇ
kopanele le bona boitsoarong bo litsila. Hlompha
ˇ
litsobotsi tseo. U se ke ua li lahla!
—Joshua
’’
khaolong ena li lokela ho u fa lebaka la hore u nahane ka ho teba
¯
ka kamano ea lona. Ipotse, ‘Na ke hlile ke tsotella kharebe ea
ˇ
ka?’ Haeba ua e tsotella, u ka bontsa seo joang? Ka hore u ikeˇ
misetse ho khomarela melao ea Molimo, u bontse bohlale ka ho
ˇ
qoba maemo a lekang ’me u bontse lerato ka ho etelletsa pele liˇ
ntho tseo e li thahasellang. Haeba u na le litsobotsi tseo, kharebe
ˇ
ea hao e ka ’na ea ikutloa ka tsela e tsoanang le ea Moshulame,
ea ileng a re: “Moratuoa oa ka ke oa ka ’me ’na ke oa hae.” (Sefela sa Lifela 2:16) Ka mantsoe a mang, kharebe ea hao e tla ba
motlotlo ka uena!
Ebang u ngoanana kapa u moshanyana, haeba u inehela
hore u kopanele liphate pele ho lenyalo, u itheola seriti ka ho la-
seo ke rerang ho se etsa!
Ha ke e-na le motho oa bong bo fapaneng le ba ka, ke lokela ho
qoba maemo a latelang
ı ..........................................................................................................................
..........................................................................................................................
Haeba motho oa bong bo fapaneng le ba ka a re o batla ho
kopana le ’na sebakeng se patehileng, ke tla re
..........................................................................................................................
..........................................................................................................................
Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka
tabeng ena ke
..........................................................................................................................
..........................................................................................................................
Ho kopanela
liphate peleˇ ho lenyalo
ˇ
ˇ
ho tsoana le ho beha setsoantso se
setle se pentiloeng monyako, ebe
batho ba se hata holimo
hla letlotlo la bohlokoa. (Baroma 1:24) Ha ho makatse hore
ebe ba bangata ba ikutloa ba
nyahame ba bile ba se na thuso
ka mor’a moo, joalokaha eka ba
itloheletse hore ba utsoetsoe letlotlo la
bohlokoa! U se ke ua lumella seo hore se u etsahalle. Haeba motho e mong a leka ho u qobella hore u kopanele liphate le eena, a re, “Haeba ua nthata, u tla lumela,” mo arabe
¯
u lomahantse meno, u re, “Haeba ua nthata, ha u na ho nkopa
hore ke etse seo!”
’Mele oa hao ke oa bohlokoa haholo hore ebe u ka bapala ka
ˇ
oona. Bontsa hore u ikemiselitse ka matla ho mamela taelo ea
Molimo ea hore u ile bohlola. Joale, haeba ka letsatsi le leng u
kena lenyalong, u ka kopanela liphate. ’Me u tla thabela seo ka
ˇ
ho feletseng ho se letho le u tsoenyang, le etsang hore u ikoahlaee le ho ikutloa u sa sireletseha, e leng se atisang ho hlahela
batho ba kopanelang liphate pele ho lenyalo.—Liproverbia 7:22,
23; 1 Bakorinthe 7:3.
Tloaelo ea ho ipholla litho tsa botona
ˇ
kapa botsehali ke taba e tebileng hakae?
KHAOLONG E LATELANG
U NAHANA’NG KA SEE?
˘ Le hoja batho ba sa phethahalang ba ka ’na ba lakatsa
ho kopanela liphate pele ho lenyalo, ke hobane’ng ha
ho fosahetse?
¯
˘ U tla etsa’ng ha motho e mong a u kopa hore u robale
le eena?
¯
Na ho kopanela liphate ho tla tiisa kamano ea rona? 177
¯
Nka etsa’ng ho hlola tloaelo
ea ho ipholla litho
ˇ tsa
botona kapa botsehali?
25
“Ke qalile ho ipholla litho tsa botona ha ke le lilemo li
robeli. Hamorao ke ile ka ithuta hore na Molimo o talima seo
joang. Nako le nako ha ke ne ke etsa seo, ke ne ke utloa
bohloko bo ˇtebileng. Ke ne ke ipotsa: ‘Molimo a ka rata
motho ea tsoanang le ’na tjee joang?’ ”—Luiz.
HA U kena lilemong tsa bocha, u ba le takatso e matla ea ho kopanela liphate. Ka lebaka leo, u ka ’na ua oela mokhoeng oa ho
ˇ
ipholla litho tsa botona kapa botsehali.1 Ba bangata ba ka ’na ba re
ha ho letho le phoso ka seo. Ba ka ’na ba re, “Ha ho motho ea
utloisoang bohloko.” Leha ho le joalo, ho na le lebaka le utloahalang la hore u qobe mokhoa ona. Moapostola Pauluse o ile a ngo¯
la a re: “Ka hona, le bolaee litho tsa ’mele ea lona . . . mabapi le . . .
ˇ
takatso ea botona kapa ea botsehali.” (Bakolose 3:5) Ho ipholla litho ha ho bolaee takatso eo, empa hoa e totisa. Ho phaella moo,
nahana ka lintlha tse latelang:
˘ Ho ipholla litho ho etsa hore motho a be le maikutlo a boithati. Ka mohlala, ha motho a ipholla litho o ameha feela ka hore
na eena o ikutloa joang ’meleng.
˘ Ho ipholla litho ho etsa hore motho a nke batho ba bong bo
fapaneng e le lintho feela tjee kapa lithulusi tsa ho ikhotsofatsa.
˘ Monahano oa boithati o bakoang ke ho tloaela ho ipholla litho o ka thatafaletsa motho hore a khotsofale ha a kopanela liphate lenyalong.
ˇ
1 Ho ipholla litho tsa botona kapa botsehali ha hoa lokela ho ferekanngoa le ho tsoheloa ke takatso ea ho kopanela liphate, ho iketsahallang feela e se ka boikemisetso. Ka mohlala,
¯ moshanyana a ka ’na a tsoha a e-naˇ le takatso ea ho kopanela liphate kapa a tsoa
peo ea botona bosiu ha a robetse. Ka ho tsoanang, banana ba bang ba ka ’na ba hlokomela hore ba tsoheloa ke takatso ea ho kopanela liphate ba sa ikemisetsa, haholo-holo nakoana pele ba
ˇ ilela khoeli kapa ka mor’a teng. Ho fapana le seo, ho ipholla litho tsa botona
kapa botsehali ho akarelletsa ho khotsofatsa takatso ea ho kopanela liphate ka boomo.
178 bacha baa botsa
Ho e-na le ho khotsofatsa takatso e matla ea ho batla ho koˇ
panela liphate ka hore u ipholle litho, loanela hore u be le boitsoaro. (1 Bathesalonika 4:4, 5) E le ho u thusa hore u etse seo, Bibele e u khothalletsa hore u qobe maemo a ka u tsosetsang takatso
ea ho kopanela liphate. (Liproverbia 5:8, 9) Empa u ka etsa’ng
haeba u se u lemaletse ho ipholla litho? Mohlomong u lekile ho
¯
khaotsa mokhoa ona, empa u hlolehile. Ho ka ba bonolo ho etsa
qeto ea hore u ke ke ua fetoha, ebile u ke ke ua khona ho phela ka
melao ea Molimo. Ke kamoo moshanyana e mong ea bitsoang Pedro a neng a ikutloa kateng. O re: “Ha ke ne ke khutlela mokhoeng ona, ke ne ke utloa bohloko bo tebileng. Ke ne ke nahana
ˇ
hore Molimo a ke ke a ntsoarela. Ke ne ke sitoa ho rapela.”
Haeba u ikutloa joalo, u se ke ua nyahama. Seo ha se bolele
hore bothata ba hao bo ke ke ba rarolleha. Bacha ba bangata—le
¯
batho ba bang ba baholo—ba hlotse tloaelo ena ea ho ipholla li¯
tho. Le uena u ka e hlola!
Ho Sebetsana le Boikutlo ba ho ba Molato
ˇ
Joalokaha ho bontsitsoe, batho ba tloaetseng ho ipholla litho
ba atisa ho apareloa ke boikutlo ba ho ba molato. Ha ho pelaelo
hore ‘ho hlomoha ka tsela ea bomolimo’ ho ka u susumelletsa
¯
hore u hlole tloaelo ena e mpe. (2 Bakorinthe 7:11) Empa ho ikutloa u le molato ka ho feteletseng ho ka ba kotsi. Ho ka etsa hore
u nyahame hoo u ka bonang ho le molemo hore u inehele.—Liproverbia 24:10.
NA U NE U TSEBA . . .
Ka hona, leka ho talima boemo ba hao ka tsela e loketseng.
Motho leha e le ofe ea
Ho ipholla litho ke mokhoa o sa
fokolang o inehela tahloekang. Ho ka u etsa ‘lekhokatsong ea ho
ˇ
ba la litakatso tse sa tsoaneng le
kopanela liphate.
ˇ
menyaka e sa tsoaneng,’ ’me ha
Empa motho e lokela
etsa hore u nahane lintho tse liho ba monna kapa moˇ
tsila. (Tite 3:3) Leha ho le joalo,
sali oa ˇsebeleˇ e le hore
a bontse boitsoaro le
ho ipholla litho hase mofuta oa
ˇ
ha a le mong.
boitsoaro bo hlephileng ba ho kopanela liphate, o joaloka bohlola.
(Juda 7) Haeba u na le bothata ba
?
¯
Nka etsa’ng ho hlola tloaelo ea ho ipholla litho? 179
Ha u oa u ntse u matha, seo ha
se bolele
hore u lokela ho qala
ˇ
fatse—ho khutlela mokhoeng
oa ho ipholla litho le hona ha
ho senye tsoelo-pele eo u seng
u e entse
ho ipholla litho, ha ua lokela ho etsa qeto ea hore u entse sebe se
ˇ
ˇ
ke keng sa tsoareloa. Ntho ea bohlokoa ke hore u loantse tloaelo
eo le hore le ka mohla u se ke ua tela ntoeng ea hao!
Ho bonolo ho nyahama ka mor’a hore u khutlele mokhoeng
oo. Ha seo se etsahala, hopola mantsoe a ho Liproverbia 24:16, a
reng: “Ea lokileng a ka ’na a oa esita le ka makhetlo a supileng, ’me
ka sebele o tla ema; empa ba khopo ba tla etsoa hore ba khoptjoe
ke tlokotsi.” Ho khutlela mokhoeng oo ka nakoana ha ho bolele
hore u motho ea mobe. Kahoo, u se ke ua tela. Ho e-na le hoo,
hlahloba hore na ke eng e entseng hore u khutlele mokhoeng oo,
’me u leke ho e qoba.
Iphe nako ea ho nahanisisa ka lerato la Molimo le mosa oa
hae. Mopesaleme Davida, eo ka lebaka la bofokoli a ileng a etsa liˇ
phoso, o ile a re: “Joalokaha ntate a bontsa mohau ho bara ba hae,
ˇ
ˇ
Jehova o bontsitse mohau ho ba mo tsabang. Etsoe o tseba se¯
¯
¯
bopeho sa rona hantle, oa hopola hore re lerole.” (Pesaleme ea
103:13, 14) Ka sebele, Jehova oa tseba hore ha rea phethahaˇ
la ’me ‘o itokiselitse ho re tsoarela.’ (Pesaleme ea 86:5) Ka lehlakoKELETSO
reng le leng, o batla hore re etse
boiteko ba ho ntlafatsa. Kahoo, u
Rapela pele ¯ takatso e
¯
ka etsa’ng hore u hlole tloaelo ee?
ba matla. Kopa Jehova
Molimo hore a u fe “matla
Hlahloba boithabiso ba hao.
a fetang se tloaelehileng”
Na u shebella lifilimi, mananeo a
e le hore u tobane le teko
thelevishene kapa u sheba mecha
eo.—2 Bakorinthe 4:7.
ea Inthanete e u tsosetsang takatso ea ho kopanela liphate? Ka bo-
180 bacha baa botsa
=
“U balehele litakatso tsa tlhaho tsa bocha,
empa u phehelle ho loka, tumelo, lerato,
khotso, hammoho le ba ipiletsang ho Morena
ho tsoa pelong e hloekileng.”—2 Timothea 2:22.
˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙
hlale mopesaleme o ile a rapela Molimo a re: “Phemisa mahlo a ka
hore a se ke a bona se se nang thuso.”1—Pesaleme ea 119:37.
Iqobelle ho nahana ka lintho tse ling. Mokreste e mong ea
bitsoang William oa eletsa: “Pele u robala, bala ntho e itseng e
amanang le lintho tsa moea. Ke habohlokoa hore ntho ea ho qetela eo u nahanang ka eona pele u robala e be ea moea.”—Bafilipi 4:8.
Buisana le motho e mong ka bothata bona. Ho hlajoa ke liˇ
hlong ho ka ’na ha u thatafaletsa ho bolella motho eo u mo tse¯
pang taba ena. Empa ho etsa seo ho ka u thusa hore u hlole tloaelo eo! Ke seo Mokreste e mong ea bitsoang David a ileng a se
1 Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, sheba Khaolo ea 33, Bukeng ea 2.
seo ke rerang ho se etsa!
Nka etsa hore ke lule ke nahana ka lintho tse hloekileng
haeba ke
ı .................................................................................................................................
.................................................................................................................................
Ho e-na le hore ke khotsofatse takatso eo,
ke tla
.................................................................................................................................
.................................................................................................................................
Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka
tabeng ena ke
.................................................................................................................................
.................................................................................................................................
‘‘
¯
Kaha ke hlotse bothata boo, hona joale
ke na le letsoalo le hloekileng ka pel’a
Jehova, ’me seo ke sa bohlokoa ho feta
ntho leha e le efe!
—Sarah
’’
hlokomela. O re: “Ke ile ka buisana le Ntate lekunutung. Ha ke sa
tla lebala seo a ileng a se bua. O ile a bososela ka mofuthu ’me a
re, ‘Ke motlotlo ka uena.’ O ne a tseba hore e tlameha ebe ke ile ka
iteta sefuba e le hore ke bue le eena ka taba eo. Mantsoe ao a ile
a nkhothatsa haholo le ho ’matlafatsa boikemisetsong ba ka.
ˇ
“Ka mor’a moo, Ntate o ile a mpontsa litemana tse seng kae
¯
ho ntlhokomelisa hore ha ke e-s’o ‘ee hole haholo,’ a ntan’o mpoˇ
ntsa litemana tse ling ho netefatsa hore ke utloisisa kamoo phoso
ea ka e tebileng kateng. O ile a mpolella hore ke leke ho qoba mokhoa oo ho fihlela nakong e itseng ’me ka mor’a moo re tla boela
re buisane ka taba eo. O ile a re ke se ke ka nyahama haeba ke
khutlela mokhoeng oo, empa nakong e tlang ke leke ho nka nako
e teletsana ke sa khutlele ho oona.” David o ile a etsa qeto efe? O
re: “Ke ile ka thusoa haholo ke hore ebe ho na le motho ea tsebang
hore ke na le bothata boo, ea bileng a nthusang.”1
1 Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, sheba leqephe la 239-241, Bukeng ea 2.
Ho itlosa bolutu ka ho kopanela
liphate hase taba feela e sa reng letho. Bala lebaka la seo.
KHAOLONG E LATELANG
U NAHANA’NG KA SEE?
˘ Ke hobane’ng ha e le habohlokoaˇ ho hopola hore
Jehova o lula a “itokiselitse ho tsoarela”?—Pesaleme
ea 86:5.
˘ Kaha Molimo o entse hore batho ba be le takatso ea
ho kopanela
liphate, empa o boetse
o re u lokela ho ba
ˇ
ˇ
le boitsoaro, e tlameha ebe o tsepa hore u tla etsa’ng?
182 bacha baa botsa
26
U nahana’ng ka
ho itlosa bolutu
ka ho kopanela
liphate?
¯
“Bacha ba bang ba kopa bashanyana kapa banana
hore ba robale le bona hore feela ba bone hore na ho
tla etsahala’ng le hore na ba ka kopanela liphate le batho ba bangata hakae.”—Penny.
“Bashanyana ba bang ba ipuela feela ka hona. Ba
ikotla sefuba ka hore ba na le likharebe empa ba ntse
ba kopanela liphate le banana ba bang ba bangata.”
—Edward.
BACHA ba bangata ba ithorisa ka hore ba kopanela liphate le batho bao ba nkang hore ha baa itlama ka letho ka bona. Ba bang ba
bile ba na le metsoalle eo ba kopanelang liphate le eona, le hoja ba
sa ratane.
U se ke ua makala haeba le uena u ikutloa u lekeha ho etsa se
ˇ
tsoanang! (Jeremia 17:9) Edward ea qotsitsoeng pejana, o re:
“Banana ba bangata ba ’nile ba ithaopela ho robala le ’na, ’me ntho
U nahana’ng ka ho itlosa bolutu ka ho kopanela liphate? 183
e nthatafallang haholo ke hore ke hane kaha ke Mokreste. Ha ho
bonolo hore ke hane!” Ke melao-motheo efe ea Bibele eo u loke¯
lang ho e hopola haeba motho e mong a u kopa hore u itlose bolutu le eena ka ho kopanela liphate?
Lebaka Leo ho Itlosa Bolutu ka ho Kopanela Liphate
ho Fosahetseng
Bohlola ke sebe se tebileng hoo ba bo etsang ‘ba ke keng ba
rua ’muso oa Molimo.’ (1 Bakorinthe 6:9, 10) Sena ke ’nete ho sa
tsotellehe hore na batho ba babeli “baa ratana” kapa ba mpa ba
itlosa bolutu feela. E le hore u hanele teko maemong ao ka bobeli,
u lokela ho talima bohlola ka tsela eo Jehova a bo talimang ka
eona.
“Ke lumela ka tieo hore tsela eo Jehova a reng re lokela ho
phela ka eona, e molemo ka ho fetisisa.”—Karen oa Canada.
“Hopola hore u na le batsoali le metsoalle e mengata ebile u
setho sa phutheho. U tla soabisa batho bao kaofela haeba u ka
inehela tekong!”—Peter oa Brithani.
Ha u talima bohlola ka tsela eo Jehova a bo talimang ka eona,
u tla khona ‘ho hloea se sebe,’ esita le haeba e le ntho e hohelang.
—Pesaleme ea 97:10.
¯
Ka kopo bala Genese 39:7-9. Hlokomela kamoo ka sebete Josefa a ileng a hanela teko ea ho kopanela liphate le se ileng sa mo
thusa hore a etse joalo.
?
NA U NE U TSEBA . . .
Jehova o batla hore
u thabele ho kopanela
liphate joalokaha a ne a
rerile hore e be mohloli oa
thabo
lenyalong—u
ˇ
ˇ sa
tsoenyehe, u sa tsohe, u
bile u sa ikoahlaee, e leng
litholoana tse atisang ho
hlahisoa ke bohlola.
184 bacha baa botsa
E-ba Motlotlo ka Seo U se
Lumelang
Hangata bacha ba ba motlotlo ho emela seo ba se lumelang.
U na le tokelo ea ho emela melao
ˇ
ea Molimo ka boitsoaro ba hao.
U se ke ua hlajoa ke lihlong ka
tsela eo u ikutloang ka eona mabapi le ho kopanela liphate pele
ho lenyalo.
“Hlakisa li sa tloha feela hore u
‘‘
U tiee! Ha mohlankana e mong a ne a leka ho
nhokahoka ke ile ka re, ‘Tlosa letsoho la hao
lehetleng la ka!’ ’me ka tloha ke tiisitse ka
mahlong.
—Ellen
’’
ˇ
na le melao-motheo ea boitsoaro e u tataisang.”—Allen oa Jeremane.
“Bashanyana bao ke neng ke kena le bona sekolong se phahameng ba ne ba ntseba, ’me ba tseba hore le ha ba ka leka, ba tla be
ˇ
ba itsenyetsa nako.”—Vicky oa United States.
ˇ
Ha u emela seo u se lumelang u bontsa hore u Mokreste ea
¯
ntseng a hola tsebong.—1 Bakorinthe 14:20.
¯
ˇ
Ka kopo bala Liproverbia 27:11. Hlokomela kamoo boitsoaro
ba hao bo botle bo ka amang pelo ea Jehova kateng!
ˇ
Bontsa Hore U Tiile!
Ke habohlokoa hore u hane. Empa ba bang ba ka ’na ba se ke
ba utloisisa ha u hana, ba nka hore u mpa feela u iketsa eka ha u
batle.
“Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e etsang—ho akarelletsa tsela eo
u aparang ka eona, tsela eo u buang ka eona, hore na u bua le boˇ
mang le hore na u sebelisana joang le batho—e lokela ho bontsa
hore ehlile ua hana.”—Joy oa Nigeria.
ˇ
“U lokela ho bontsa ka ho hlaka hore eo hase ntho e ka etsahalang. Le ka mohla u se ke ua amohela limpho tseo u li fuoang ke
bashanyana ba batlang ho robala
KELETSO
le uena. Ba ka ’na ba sebelisa seo
e le lebaka la hore ba batle ho roˇ
Ntlafatsa litsobotsi tsa
bala le uena hobane ba nka hore
botho ba hao. (1 Petrose
ua ba kolota.”—Lara oa Brithani.
3:3, 4) Ha u le motho ea
molemo, ho tla ba bonolo
Jehova o tla u thusa haeba u
ˇ
hore u khahle motho ea
bontsa hore u tiile. Ha a nahana
molemo.
ka lintho tse mo etsahaletseng bophelong, mopesaleme Davida o ile
U nahana’ng ka ho itlosa bolutu ka ho kopanela liphate? 185
=
¯
“Le etse sohle se matleng a lona hore
qetellong [Molimo] a le fumane le se na
letheba ebile le se na sekoli ’me le le
khotsong.”—2 Petrose 3:14.
˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙
ˇ
ˇ
a re ka Jehova: “Ho ea tsepahalang u tla etsa ka botsepehi.”—Pesaleme ea 18:25.
¯
Ka kopo bala 2 Likronike 16:9. Hlokomela hore Jehova o ikemiselitse ho thusa ba batlang ho etsa se nepahetseng.
E-ba le Ponelo-pele
Bibele e re: “Ea masene ke ea boneng tlokotsi ’me a ipata.” (Liproverbia 22:3) U ka sebelisa keletso ee joang? Ka hore u be le
ponelo-pele!
“Ikarole ho batho ba buang ka lintho tsa mofuta oo ka hohle
kamoo u ka khonang.”—Naomi oa Japane.
“U se ke ua fana ka boitsebiso ba botho, bo kang aterese kapa
nomoro ea hao ea fono.”—Diana oa Brithani.
ˇ
Hlahloba tsela eo u buang ka eona, eo u itsoarang ka eona, ba-
seo ke rerang ho se etsa!
ˇ
Nka ikemisetsa ho lula ke hloekile boitsoarong joaloka
Josefa, haeba ke
ı ..........................................................................................................................
..........................................................................................................................
Ke tla qoba phoso eo Dina a ileng a e etsa,
haeba ke
..........................................................................................................................
..........................................................................................................................
Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba
ka tabeng ena ke
..........................................................................................................................
..........................................................................................................................
Haeba u itlosa bolutu ka ho
kopanela liphate, ua itheola
Ma
hala
tho bao u tloaelanang
le bona le libaka tseo u atisang ho ea ho tsona. Ebe ua
ipotsa, ‘Na ebe ka ho se hlokomele ke fana ka maikutlo a ka
etsang hore ba bang ba batle ho robala le ’na?’
¯
Ka kopo bala Genese 34:1, 2. Hlokomela kamoo moroetsana
ea bitsoang Dina a ileng a khola litholoana tse babang kateng ka
lebaka la ho ba sebakeng se fosahetseng.
Hopola hore ho itlosa bolutu ka ho kopanela liphate hase ntho
eo Jehova Molimo a e nkang habobebe; le uena ha ua lokela ho e
nka habobebe. Ha u emela se nepahetseng, u tla lula u e-na le letsoalo le letle ka pel’a Molimo ’me u itlhompha. Moroetsana e
mong ea bitsoang Carly o re: “ke hobane’ng ha u ka itumella
hore motho e mong a u ‘sebelise’ hore a ikhotsofatse? Baballa
boemo bo hloekileng boo u bo sebelelitseng ka thata!”
Bashanyana ba re ba khahloa ke
banana ba joang? U ka ’na ua makatsoa ke seo ba se buang!
KHAOLONG E LATELANG
U NAHANA’NG KA SEE?
˘ Le hoja batho baˇ sa phethahalang ba ka ’na ba
hoheloa ke boitsoaro bo bobe ba ho kopanela liphate,
ke hobane’ng ha bo fosahetse?
¯
˘ U tla etsa’ng ha motho e mong a u kopa hore u robale
le eena?
U nahana’ng ka ho itlosa bolutu ka ho kopanela liphate? 187
Oa tseba hore kea ratoa etsoe
ke mo boleletse hore bashanyana
ˇ
ba bang baa nthata. O ile a tseha ha
ke mo bolella kamoo metsoalle e
meng ea ka e leng lithoto kateng.
Ebile oa tseba hore ke bohlale—ke
’nile ka lokisa lintho tse ’maloa tse
fosahetseng tseo a neng a li bua.
Kea ipotsa hore na o tla
mphereha neng.
Ke ngoanana e motle,
empa o bonahala a se
na tsebo! Ha a mphe
monyetla oa hore ke
bue. Leha ke re kea bua,
o lokisa seo ke se
buang! Ha ke mo bona
feela ekare nka ipata.
27
Ke hobane’ng
ha bashanyana
ba sa nthate?
ˇ
NA U tsoenngoa ke hore bashanyana ha ba u rate? Banana ba
ˇ
bangata ba tsoenngoa ke seo, esita le bao u neng u ka nahana
hore ba ke ke ba e-ba le bothata! Ka mohlala, nahana ka Joanne. O motle, o bohlale ebile o khona ho itlhalosa. Leha ho le
joalo, o re: “Hangata ke ba le boikutlo ba hore bashanyana ha
ba nthate. Ba seng bakae bao ke neng ke ba rata ba ile ba
nthahasella ka nakoana, empa ka mor’a moo ba khaotsa ho
mpuisa!”
Ke lintho life tse etsang hore bahlankana ba rate ngoanana? Hona ke life tse etsang hore ba se ke ba mo rata? U ka
etsa’ng hore u khahle mohlankana ea itlhomphang?
Seo U Lokelang ho se Etsa
˘ Tseba monahano le maikutlo a hao. Mohlomong u ile
ua khahloa ke bashanyana haholo ka mor’a hore u kene boroetsaneng. E ka ’na eaba u ile ua khahloa ke bashanyana ba
’maloa. Eo ke ntho e tloaelehileng. Empa haeba u ka nkeha
maikutlo ke moshanyana oa pele feela eo u utloang u mo rata,
¯
u ka ’na ua ipeha kotsing ea ho sitisa kholo ea hao maikutlong
¯
ˇ
le moeeng. Ho tla nka nako hore u holise litsobotsi tse ntle,
’me u ‘fetole kelello ea hao’ mabapi le lintho tsa bohlokoa le
hore u finyelle lintho tse ling tseo u batlang ho li etsa.—Baroma 12:2; 1 Bakorinthe 7:36; Bakolose 3:9, 10.
Ke ’nete hore bashanyana ba bangata ba khahloa ke banana ba sa tsitsang linthong tseo ba li lumelang kapa ba se nang
tsebo. Leha ho le joalo, bashanyana bao ba mpa ba khahloa ke
seemo sa ’mele sa banana bao, eseng ke seo ba leng sona.
’Nete ke hore mohlankana ea shebang litaba hantle, o tla batla
ngoanana eo e ka bang motlatsi oa hae.—Matheu 19:6.
Seo bashanyana ba se buang: “Ke khahloa ke ngoanana
ea khonang ho inahanela lintho, ea bonahalang a kholisehile
hore ke motho ea ikemetseng.”—James.
ˇ
“Nka rata ngoanana ea khonang ho itlhalosa ka botsepehi
le ka tlhompho, ea sa lumeleng feela ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo
ke e buang. Esita le haeba a le motle, ha ke rate ngoanana ea
buang feela lintho tseo a tsebang hore kea li rata.”—Darren.
Ke hobane’ng ha bashanyana ba sa nthate? 189
‘‘
Ke ’nete hore hangata qalong ke khahloa ke banana ba batle. Empa seo se ka fetoha ka potlako
haeba ngoanana eo a se na morero o hlakileng, oa
bohlokoa bophelong. Ka lehlakoreng le leng,
haeba a tseba seo a batlang ho se etsa bophelong
—haholo-holo haeba a se a finyeletse merero e
meng ea hae—seo se ka mo etsa hore a be motle
le ho feta.
—Damien
’’
U nahana’ng ka mantsoe a ka holimo a builoeng ke bashanyana baa?
ı ..................................................................................................
..................................................................................................
˘ Hlompha batho ba bang. Feela joalokaha u batla ho ratoa,
bashanyana le bona ba labalabela ho hlomphuoa. Ha ho makatse
hore ebe Bibele e re monna o lokela ho rata mosali oa hae le hore
mosali o lokela ho ba le “tlhompho e tebileng” ho monna oa hae.
(Baefese 5:33) Tumellanong le seo, ho bahlankana ba makholo
bao ho buisanoeng le bona phuputsong e ’ngoe, ba fetang karolo
ˇ
ea 60 lekholong ba bontsitse hore ba ananela tlhompho ho feta le¯
rato. Le banna ba holileng ba fetang karolo ea 70 lekholong bao ho
ˇ
buisanoeng le bona phuputsong eo ba buile se tsoanang.
Ho hlompha motho ha ho bolele ho inehela—ho tela tokelo ea
ˇ
ho ba le maikutlo a fapaneng le a hae le ho a ntsa. (Genese 21:10ˇ
12) Empa tsela eo u ntsang maikutlo a hao ka eona e ka ’na ea
etsa hore mohlankana a khahloe ke uena kapa a u furalle. Haeba
u lula u mo hanyetsa kapa u lokisa seo a se buang, a ka ’na a nka
hore ha u mo hlomphe. Empa haeba u ela hloko seo a se nahanang u bile u mo babatsa, mohlomong o tla amohela le ho ananela maikutlo a hao habonolo. Ho hlakile hore mohlankana ea nang
ˇ
le temoho o tla hlokomela haeba u tsoara ba lelapa leno le batho
ba bang ka tlhompho.
Seo bashanyana ba se buang: “Ke nahana hore ha le qala ho
190 bacha baa botsa
Lerato
le tlhompho li
ˇ
tsoana le mabili a mabeli a
baesekele—ka bobeli ke
tsa bohlokoa
tsebana, ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke tlhompho. Lerato le ka
’na la tla hamorao.”—Adrian.
“Haeba ngoanana a ntlhompha, ka sebele ke lumela hore a ka
nthata.”—Mark.
U nahana’ng ka mantsoe a ka holimo a builoeng ke bashanyana baa?
ı ..................................................................................................
..................................................................................................
˘ Apara ka boitlhompho ’me u lule u hloekile. Moaparo
ˇ
¯
oa hao le boitlhopho li tsoana le libuela-hole tse phatlalatsang
ˇ
seo u se nahanang le boitsoaro ba hao. Le pele u qala ho bua le
moshanyana, moaparo oa hao o se o mo boleletse ho hongata
ka uena. Haeba moaparo oa hao o
hlophehile hantle, o tla fetisa moKELETSO
laetsa o motle ka uena. (1 TimoU se ke ua inyeta
thea 2:9) Haeba u apara ka tsela e
ka litlolo! Ha u itlotsa
tsosang takatso kapa e bohlasoa,
haholo ka tsona, seo se
le teng molaetsa o tla feta ka ho
ka fana ka maikutlo a
hlaka—empa e le o mobe!
fosahetseng a hore u
motho ea inkelang
Seo bashanyana ba se
holimo kapa ea batlang
buang: “Tsela eo ngoanana a
ˇ
hore a bonoe.
aparang ka eona e bontsa hantle
kamoo a ikutloang kateng. Haeba
Ke hobane’ng ha bashanyana ba sa nthate? 191
a apara liaparo tse behang ’mele ka ntle kapa ka tsela e bohlasoa,
ˇ
seo se mpontsa hore joale o tsielehile, o batla hore a bonoe.”
—Adrian.
“Ke rata ngoanana ea tsebang ho hlokomela moriri, ea
nkhang hamonate le ea nang le lentsoe le thobang. Le hoja ke ne
ke khahliloe ke ngoanana e mong e motle, ke ile ka mo tlohela ka
lebaka la ho se hloeke ’meleng.”—Ryan.
“Haeba ngoanana a apara ka tsela e tsosang takatso, ha ho
pelaelo hore o tla ipitsetsa mahlo. Empa ’na ha ke batle ho ratana
le ngoanana ea joalo.”—Nicholas.
U nahana’ng ka mantsoe a ka holimo a builoeng ke bashanyana baa?
ı .................................................................................................
..................................................................................................
Seo U sa Lokelang ho se Etsa
˘ U se ke ua bapala ka maikutlo a ba bang. Basali ba na le
ˇ
tsusumetso e matla haholo ho banna. Ba ka sebelisa matla ao a ho
hohela banna hantle kapa hampe. (Genese 29:17, 18; Liproverbia
7:6-23) Haeba u batla ho inonya matla ka moshanyana e mong le
e mong eo u kopanang le eena, u ka ’na ua tsejoa ka hore u motho ea bapalang ka maikutlo a ba bang.
Seo bashanyana ba se buang: “Ho lula pel’a ngoanana e motle feela le ho thetsana le eena ka mahetla e ka ba ntho e susumetsang maikutlo, kahoo ke nahana hore ngoanana ea lulang a u
ˇ
ˇ
tsoara-tsoara ha a bua le uena o bapala ka maikutlo a hao.”—Nicholas.
“Haeba ngoanana a lula a
ˇ
ˇ
t
soara-t
soara kapa a bonya le moNA U NE U TSEBA . . .
shanyana e mong le e mong eo a
Haeba u batla hore
kopanang le eena, ke nahana hore
moshanyana a lule a
o bapala ka maikutlo a ba bang
shebane le uena feela, u
´
’me ha a nkhahle.”—Jose.
ka ’na
¯ ua senya setsoalle
˘ U se ke ua mo manama hasa lona.
holo. Ha batho ba nyalana, Bibele
?
192 bacha baa botsa
e re ba fetoha “nama e le ’ngoe.” (Genese 2:24) Boemong boo, monna le mosali ba tela bolokolohi boo e ka ’nang eaba ba ne ba e-na
le bona ha e sa le masoha; ka sebele ba ikemisetsa ho khomarelana. (1 Bakorinthe 7:32-34) Empa haeba ke hona u ithutang mohlankana, ha u na tokelo ea ho lebella hore a etse seo ho uena, esita le
eena ha aa lokela ho lebella seo ho uena.1 ’Nete ke hore ha u ela
hloko hore o na le tokelo ea ho thabela botsoalle le ba bang, u ka
’na ua mo khahla le ho feta. Tsela eo a sebelisang bolokolohi boo
ˇ
ka eona, e tla bontsa hore na ke motho oa mofuta ofe.—Liproverbia 20:11.
Seo bashanyana ba se buang: “Ke nahana hore ngoanana o
tla be a ’maname haholo haeba a batla ho tseba ntho e ’ngoe le e
’ngoe eo ke e etsang ’me a bonahala eka ha a khone ho thabela botsoalle le batho ba bang kapa ho etsa lintho tseo a li ratang, haeba
ke le sieo.”—Darren.
“Haeba ngoanana eo re sa tsoa qala ho ratana a lula a nketsetsa melaetsa ’me a batla ho tseba hore na ke na le bo-mang, haholo-holo mabitso a banana bao ke nang le bona, ke nahana hore seo
ˇ
ke letsoao la temoso.”—Ryan.
“Ngoanana ea sa u lumelleng ho qeta nako u e-na le metsoalle
ea hao ea bashanyana ’me a koata ha u sa mo meme hore a tsamaee le uena kamehla, o tla be a u maname ka tsela e sa lokelang.”
—Adrian.
ˇ
1 Ho hlakile hore ha batho ba lebeletsane, ka tsoanelo baa ikarabella e mong ho e
mong.
seo ke rerang ho se etsa!
ˇ
Tsobotsi eo ke tla leka ho ntlafatsa ho
eona ke
ı .................................................................................................................................
.................................................................................................................................
Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka
tabeng ena ke
.................................................................................................................................
.................................................................................................................................
=
“Khahleho e ka ’na ea thetsa, ’me botle
eˇ ka ’na ea e-ba lefeela; empa mosali ea
tsabang Jehova ke eena ea iphumanelang
thoriso.”—Liproverbia 31:30.
˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙
U nahana’ng ka mantsoe a builoeng ke bashanyana ba sehloohoaneng see?
ı ..................................................................................................
..................................................................................................
Ikananele
Mohlomong u tseba banana ba ka etsang ntho leha e le efe
hore feela ba bonoe ba be ba ratoe ke moshanyana ea itseng. Ba
bang ba ka ba ba lahla melao eo ba phelang ka eona e le hore feela ba fumane mohlankana kapa esita le hore ba nyaloe. Leha ho le
joalo, molao-motheo o reng ‘u tla kotula seo u se jalang’ oa sebetsa tabeng ena. (Bagalata 6:7-9) Haeba u sa ikananele u bile u sa
ananele melao eo u lekang ho phela ka eona, u ka ’na ua khahla
bashanyana ba sa u ananeleng kapa ba sa ananeleng melao eo u
lekang ho phela ka eona.
’Nete ke hore hase bashanyana bohle ba tla u rata, ’me seo e ka
ba ntho e molemo! Empa haeba u hlokomela botle ba hao ba ka
ntle le ba ka hare, u tla ba “oa bohlokoa haholo mahlong a Molimo”
—’me u tla khahla mohlankana ea u loketseng.—1 Petrose 3:4.
Ho thoe’ng haeba u moshanyana
’me u ’nile ua ipotsa hore na, ‘Ke hobane’ng ha banana ba
sa nthate?’
KHAOLONG E LATELANG
U NAHANA’NG KA SEE?
ˇ
˘ U ka bontsa joang hore u hlompha monahano le
maikutlo a mohlankana?
ˇ
˘ U ka bontsa joang hore ua ikananela?
194 bacha baa botsa
Ka sebele ke mo khahlile.
Ke mo boleletse tsohle ka ’na
—lintho tseo ke nang le tsona,
libaka tseo nkileng ka li etela
le batho bao ke ba tsebang.
E tlameha ebe o labalabela
ˇ
ho intsa le ’na!
28
ˇ
Ekare lefatse le ka ngamoha, ke kene! E le hore
motho eo ha a bone hore
ha ke mo rate? Nka khaotsa moqoqo oo joang ka
tsela e ke keng ea mo
utloisa bohloko?
Ke
hobane’ng
ha banana
ba sa
nthate?
ˇ
U SE u le lilemong tsa hore u qale ho intsa. U ka rata ho fumana motho ea bohehang, ea lumelang lintho tseo le uena u li lumelang. (1 Bakorinthe 7:39) Empa nakong e fetileng, lekhetlo
ka leng ha u ne u leka ho fereha ngoanana ea itseng, u ’nile ua
utloa eka u thula thaba ka phatla. Ho ile ha senyeha hokae?
Na banana ba batla bahlankana ba shebahalang hantle feela?
Ngoanana e mong ea bitsoang Lisa o re: “Ke rata mohlankana
ˇ
ea litsika.” Leha ho le joalo, banana ba bangata ha ba shebe seo
feela. Carrie ea lilemo li 18 o re: “Ha se kamehla bashanyana ba
batle ba nang le mekhoa e metle.”
Ho ba le “mekhoa e metle” ho akarelletsa eng? Haeba u batla ho tseba ngoanana ea itseng haholoanyane, ke lintlha life
tseo u lokelang ho nahana ka tsona? Hona ke melao-motheo
efe ea Bibele eo u lokelang ho e hopola?
Seo U Lokelang ho Qala ka Sona
ˇ
Pele u etsa qeto ea hore u se u loketse ho intsa le ngoanana ea itseng, ho na le lintho tsa motheo tseo u lokelang ho li tseba tse tla u thusa ho etsa setsoalle le motho leha e le ofe. Nahana ka lintlha tse latelang.
˘ Ithute ho ba le mekhoa e metle. Bibele e re ‘lerato ha le
na mekhoa e mebe.’ (1 Bakorinthe 13:5, Bibele—Phetolelo e
ˇ
Ncha) Ho ba le mekhoa e metle ho bontsa hore u hlompha ba
¯
bang, ua hola tsebong ’me u hlaolela botho bo kang ba Kreste.
ˇ
Leha ho le joalo, ho ba le mekhoa e metle ha ho tsoane le ho apara sutu hore u khahle ba bang, ebe ua e hlobola ha u fihla lapeng.
ˇ
Ak’u ipotse, ‘Na ke bontsa mekhoa e metle ha ke e-na le ba lelaˇ
pa leso?’ Haeba u sa e bontse, ho tla bonahala eka u iqobella ho
ba le mekhoa e metle ha u e-na le
NA U NE U TSEBA . . .
ba bang bao e seng ba lelapa leno.
Hopola, e le hore ngoanana ea
Seo u leng sona ka hare
masene a tsebe hantle hore na u
ke sa bohlokoa ho feta
motho ea joang, o tla sheba tsela
tsela eo u shebahalang
ˇ
ka eona.
eo u tsoarang ba lelapa leno ka
eona.—Baefese 6:1, 2.
?
196 bacha baa botsa
=
¯
“Le apare botho bo bocha bo ileng ba boptjoa
ho ea ka thato ˇ ea Molimo ho lokeng ha ’nete
le botsepehing.”—Baefese 4:24.
˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙
Seo banana ba se buang: “Ntho e nkhahlang e le kannete
ˇ
ke ha moshanyana a bontsa mekhoa e metle linthong tse nye¯ ¯
nyane, tse kang ho mpulela lemati haesita le linthong tse kholo
tse kang ho ba mosa le ho ’nahanela esita le ho nahanela ba lelapa leso.”—Tina.
“Kea teneha ha motho a qala ho kopana le ’na ’me a mpotsa lintho tse sa mo ameng, tse kang, ‘Na u na le mohlankana?’
ˇ
kapa ‘U batla ho etsa’ng bophelong?’ Seo ha se bontse mekhoa
e metle ebile se etsa hore ke se ke ka phutholoha!”—Kathy.
“Ke nka e le ho hloka tlhompho ha bashanyana ba nahana
¯
hore ba ka bapala ka maikutlo a rona, joalokaha eka maikutlo
¯
a rona hase a bohlokoa ’me re tsietsing ea ho nyaloa hoo re batlang hore ba re hauhele.”—Alexis.
ˇ
˘ Lula u hloekile ’meleng. Ho lula u hloekile ho bontsa
hore ua itlhompha ebile u hlompha ba bang. (Matheu 7:12) Ha
Ho ba
ˇ le mekhoa e metle ha
ho tsoane le ho apara sutu hore
u khahle ba bang ebe ua e
hlobola ha u fihla lapeng
‘‘
Bashanyana ba nahana hore ba lokela ho apara
kapa ho shebahala ka tsela e itseng e le hore ba
khahle banana. Le hoja sena e ka ’na eaba ke
’nete, ke nahana hore banana ba bangata ba khaˇ
hloa ke litsobotsi tse ntle tseo mohlankana a
nang le tsona.
—Kate
’’
u itlhompha, ho ka etsahala hore ba bang ba u hlomphe. Ka lehlakoreng le leng, haeba u hlokomoloha bohloeki ’meleng, u tla
ˇ
itsenyeletsa ho ngoanana eo u mo shebileng.
Seo banana ba se buang: “Mohlankana e mong ea neng a
nthahasella, o ne a nkha lehano. Ke ne ke sitoa ho iphapanyetsa seo.”—Kelly.
˘ Hlaolela tsebo ea ho qoqa. Puisano e ntle ke motheo oa
ˇ
kamano e tsoarellang. Ha u bue ka lintho tseo u li thahasellang
feela empa u bua le ka tseo motsoalle oa hao a li thahasellang.
(Bafilipi 2:3, 4) U mamela ka hloko seo a se buang ’me u ananela maikutlo a hae.
Seo banana ba se buang: “Kea thaba ha mohlankana a
qoqa le ’na ka bolokolohi, a hopola lintho tseo ke mo boleleˇ
tseng tsona a bile a botsa lipotso tse ntsetsang moqoqo pele.”
—Christine.
“Ke nahana hore bashanyana ba khahloa ke seo ba se bonang, empa banana bona ba khahloa ke seo ba se utloang.”
—Laura.
“Limpho ke tsa bohlokoa. Empa haeba mohlankana a khoˇ
na ho qoqa, a tseba ho u tselisa le ho u khothatsa . . . seo se
khahlisa hakaakang!”—Amy.
“Ke tseba mohlankana e mong ea imametseng, eo ho seng
mohla a lokolohang ho feta tekano. Ha e le hantle, re khona ho
qoqa a sa bue lintho tse kang, ‘Ua tla ua nkha hamonate’ kapa
‘Kajeno u shebahala hantle haholo.’ O ’mamela ka hloko ha ke
bua ’me ke sona seo banana ba se ratang.”—Beth.
“Ka sebele nka rata ho qeta nako e ngata ke ithuta motho
198 bacha baa botsa
BALA
BALA HO
HO EKETSEHILENG
EKETSEHILENG KA
KA TABA
TABA ENA
ENA
BUKENG
BUKENG EA
EA 2,
2, KHAOLONG
KHAOLONG EA
EA 33
ea ratang metlae empa a boetse a khona ho bua ka lintho tse tebileng, a sa utloahale eka oa iketsisa.”—Kelly.
˘ E-ba le boikarabelo. Bibele e re: “E mong le e mong o lokela ho jara mojaro oa hae.” (Bagalata 6:5, Contemporary English Version) Banana ba ke ke ba rata mohlankana ea sa khoneng ho lula mosebetsing hobane a le botsoa kapa a qeta nako
e ngata a bapala.
Seo banana ba se buang: “Ekare bashanyana ba bang ba
ˇ
ka bontsa hore ba na le boikarabelo haholoanyane. Motho ea
se nang boikarabelo oa ntsoafisa. Seo ha se mo hlahise hantle.”
—Carrie.
“Bashanyana ba bang ha ba tsebe seo ba batlang ho se etsa
bophelong. Haeba ba khahliloe ke ngoanana ea itseng, baa mo
botsa hore na o batla ho etsa’ng bophelong, ebe ba re, ‘Khele,
ke sona seo le ’na ke batlang ho se etsa!’ Empa lintho tseo ba li
ˇ
etsang ha li bontse seo.”—Beth.
Ho sebelisa litlhahiso tse ka holimo ho tla u thusa hore
u thabele botsoalle bo molemo. Leha ho le joalo, u lokela ho
etsa’ng haeba u nahana hore u se u loketse ho fereha ngoanana ea itseng?
Mohato o Latelang
˘ Nka bohato ba pele. Haeba
na ea itseng eo u mo ratang e
ka ba molekane ea loketseng oa
lenyalo, mo tsebise hore ua mo
rata. Toba taba ’me u mo bolelle ka ho hlaka hore na u ikutloa
joang. Ke ’nete hore ho ka ’na ha
ˇ
e-ba thata ho etsa joalo. U tsoha hore a ka ’na a u hana. Empa
hore ebe u ikemiselitse ho nka
ˇ
bohato ba pele ho bontsa hore u
¯
se u holile. Leha ho le joalo, ela
¯
hloko: Hase hore u kopa hore le
u nahana hore ngoanaKELETSO
Botsa batho ba baholo
ba
¯
seng ba kae ba holileng
tsebong hore na ba
nahana hore ntho ea
bohlokoa ka ho fetisisa
eo mohlankana a
lokelang ho e tseba ke
efe, ’me u hlahlobe hore
na ho hlokahala hore u e
ntlafatse.
Ke hobane’ng ha banana ba sa nthate? 199
nyalane. Kahoo, e-ba hlokolosi. Haeba u bua u hloname kapa u
ˇ
se u lomahantse meno haholo, seo se ka ’na sa tsosa ngoanana ho fapana le ho mo khahla.
Seo banana ba se buang: “Ha ke khone ho bona se ka pelong. Kahoo haeba mohlankana a batla ho ithuta ’na, o tla lokela hore a ipuele ’nete feela, a tobe taba ’me a mpolelle.”—Nina.
“Haeba le ne le bile metsoalle ka nakoana, ho ka ’na ha e-ba
thata ha boemo boo bo fetoha. Empa nka hlompha motho ea
mpolellang ka ho toba hore a ka rata ho ntseba haholoanyane,
ke se motsoalle feela tjee.”—Helen.
˘ Hlompha qeto ea ngoanana. U tla etsa’ng haeba ngoanana a re o batla hore le lule le le metsoalle feela? Mo hlomphe
’me u lumele hore o tseba se ka pelong ea hae le hore o tiile ka
ˇ
¯
seo a se bolelang. U tla be u bontsa hore ha u e-s’o hole kelellong haeba u mo phehella hore a u lumele. Ha e le hantle, haeba u hlokomoloha seo ngoanana a u bolellang sona ka ho hlaka ha a re ha a u rate—ebile u halefisoa ke seo—na u hlile
u nahanela maikutlo a hae kapa a hao feela?—1 Bakorinthe
13:11.
Seo banana ba se buang: “Kea teneha ha ke boleletse moshanyana ka ho toba hore ha ke mo rate empa a ntse a nkemella.”—Colleen.
“Ke ile ka hlalosetsa moshanyana e mong hore ha ke mo
rate, empa a ’na a nkemella ka hore ke mo fe nomoro ea ka ea
fono. Ke ne ke batla ho mo siela seriti. Etsoe mohlomong ho ne
ho bile thata hore a mpolelle maikutlo a hae. Empa qetellong ke
ile ka tlameha ho bua ke lomahantse meno.”—Sarah.
Seo U sa Lokelang ho se Etsa
Bahlankana ba bang ba nahana hore ha ba na bothata ba ho
¯
etsa hore banana ba ba rate. Ba ka ba ba hlolisana le metsoalle
ea bona ka hore na ke mang ea khahlang banana ba bangata.
¯
¯ ¯
Empa tlholisano e joalo ke ketso e sehloho ’me e tla u senya lebitso. (Liproverbia 20:11) U ka phema seo haeba u hopola lintho tse latelang.
200 bacha baa botsa
˘ U se ke ua bapala ka maikutlo a motho e mong. Motho
ea bapalang ka maikutlo a e mong a lerato o sebelisa mantsoe
a boikaketsi le ho etsa lintho tse ka tsosang maikutlo a motho e
ˇ
mong a lerato. Haa ikemisetsa ho ntsetsa pele kamano e hlomphehang ea lerato le motho eo. Ho etsa seo ke ho hlokomoˇ
loha keletso ea Bibele ea hore u tsoare “basali ba bacha joaloka
likhaitseli tsa hao ka tlhoeko eohle.” (1 Timothea 5:2) Batho ba
bapalang ka maikutlo a ba bang a lerato hase metsoalle ea sebele ebile ha e be balekane ba molemo ha ba se ba le lenyalong.
Banana ba nang le temoho ba tseba seo.
Seo banana ba se buang: “Ke ntho e khopisang ha motho
a u bolella mantsoe a boikaketsi empa u tseba hore o buile se
ˇ
tsoanang ho motsoalle oa hao khoeling e fetileng.”—Helen.
ˇ
“Mohlankana e mong e motle o ile a qala ho bontsa hore oa
nthahasella empa a qeta nako e ngata a bua ka eena. Ha ngoa¯
ˇ
nana e mong a fihla sehlopheng sa rona, o ile a etsa se tsoanang
le ho eena. Ha ho fihla ngoanana e mong oa boraro, a ’na a etsa
ˇ
se tsoanang. Seo se ne se khopisa!”—Tina.
˘ U se ke ua bapala ka maikutlo a ngoanana. U se ke ua
seo ke rerang ho se etsa!
ˇ
Ntlha eo nka bontsang mekhoa e metle haholoanyane
ho eona, ke
ı .................................................................................................................................
.................................................................................................................................
E le hore ke ntlafatse bokhoni ba ka ba ho qoqa,
ke tla
.................................................................................................................................
.................................................................................................................................
Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka
tabeng ena ke
.................................................................................................................................
.................................................................................................................................
lebella hore setsoalle seo u nang le sona le bashanyana ba bang
ˇ
se tla tsoana le seo u bang le sona le banana. Hobane’ng? Nahana ka sena: Haeba u babatsa motsoalle e mong oa hao oa
ˇ
moshanyana ka hore sutu ea hae e ncha ea mo tsoanela kapa u
lula u bua le eena ’me u mo bolella makunutu a hao, a ka ’na a
se ke a nahana hore u na le maikutlo a lerato ho eena. Empa
haeba u babatsa ngoanana ka tsela eo a shebahalang ka eona
kapa u lula u bua le eena ’me u mo bolella makunutu a hao,
a ka ’na a nahana hore ua mo rata.
Seo banana ba se buang: “Ke nahana hore bashanyana ha
ˇ
ˇ
ba utloisise hore ba ke ke ba tsoara banana ka tsela e tsoanang
ˇ
le eo ba tsoarang metsoalle ea bona ea bashanyana ka eona.”
—Sheryl.
“Moshanyana e mong o ile a nka nomoro ea ka ea fono ’me
ka mor’a moo a nthomella molaetsa. Kahoo . . . seo se bolela’ng? Ka linako tse ling le ka ba le kamano ka ho ngollana melaetsa ’me le be le nkehe maikutlo, empa ha e le hantle, le ka bua
lintho tse kae ha le ngollana melaetsa ka fono?”—Mallory.
“Ke nahana hore bashanyana ha ba hlokomele kamoo banana ba amehang maikutlo kapele kateng, haholo-holo haeba ba
ˇ
bontsa hore baa ba tsotella ebile e le batho bao ho leng bonolo
ho buisana le bona. Hase hore banana bao ba tsietsing. Ke nahana hore banana ba bangata ba mpa ba batla ho fumana mohlankana ea ba loketseng.”—Alison.
U ka hlokomela phapang joang
pakeng tsa lerato la sebele le ho nkeha maikutlo feela?
KHAOLONG E LATELANG
U NAHANA’NG KA SEE?
ˇ
˘ U ka bontsa joang hore ua itlhompha?
ˇ
˘ U ka bontsa joang hore u hlompha monahano le
maikutlo a ngoanana?
202 bacha baa botsa
29
Nka tseba
joang haeba
e le lerato la
sebele?
a
u rat
Kea
a
Le ’nu rata
kea
Araba lipotso tse latelang:
1. U ka hlalosa “lerato” joang?
ı ...........................................................
...........................................................
2. U ka hlalosa “ho nkeha
maikutlo” joang?
.............................................................
.................................................................
3. U nahana hore phapang ke efe
pakeng tsa lerato le ho nkeha
maikutlo?
..................................................................................................
..................................................................................................
E KA ’na eaba ho bile bonolo ho araba lipotso tsena tse ka holimo.
Etsoe ho bonolo ho hlokomela phapang pakeng tsa lerato le ho
nkeha maikutlo ha u nahana ka seo e leng khopolo-taba feela.
Empa seo sohle se ka fetoha ha u qala ho bona mohlankana
kapa moroetsana eo u mo ratang. Hang-hang u nkoa ke setsokotsane sa lerato ’me ha u sa batla ho utloa letho. U mo rata hoo u
sa tsebeng hore na u iketse’ng. Kapa na ho feela ho le joalo? Na ke
lerato—kapa ke ho nkeha maikutlo? U ka tseba joang? E le hore
Nka tseba joang haeba e le lerato la sebele? 203
re arabe potso eo, a re qale ka ho hlahloba kamoo e ka ’nang eaba
tsela eo u ikutloang ka eona ka batho ba bong bo fapaneng e ’nile
ea fetoha kateng lilemong tsa morao tjena. Ka mohlala, nahana ka
lipotso tse latelang:
˘ U ne u nahana’ng ka batho ba bong bo fapaneng ha u le lilemo li hlano?
˘ Hona joale u nahana’ng ka bona?
ˇ
E ka ’na eaba likarabo tsa hao li bontsa hore ha u kena lilemong tsa bocha, u ile ua qala ho talima batho ba bong bo fapaneng
ka tsela e ’ngoe. Brian ea lilemo li 12 o re: “Ke ile ka qala ho hlokomela hore banana ba batle.” Elaine ea lilemo li 16 o hopola kamoo lintho li ileng tsa fetoha kateng lilemong tse seng kae tse fetileng. O re: “Metsoalle eohle ea ka ea banana e ile ea qala ho bua
ka bashanyana, kahoo bashanyana ba nkopanya hlooho.”
Kaha joale u se u qala ho lemoha batho ba bong bo fapaneng,
u ka sebetsana joang le maikutlo aa a matla? Ho e-na le ho etsa
eka ha u na maikutlo ao—e leng se tla u thatafalletsa lintho le ho
feta—u ka sebelisa monyetla ona o babatsehang ho ithuta ho
hong ka khoheli, ho nkeha maikutlo le lerato. Ha u utloisisa likarolo tsena tse tharo tse amanang le litaba tsa lerato, seo se ka u qobisa masisa-pelo le ho u thusa hore ka nako ea teng, u fumane
motho eo u mo ratang e le kannete.
KHOHELI @ Seo u se bonang
“ ’Na le metsoalle ea ka re lula re bua ka banana. Re leka ho
bua ka lintho tse ling, empa hang feela ha ho feta ngoanana e motle, re lebala seo re neng re ntse re bua ka sona!”—Alex.
“Ke khahloa ke mohlankana ea nchebang mahlong le ea bososelang hamonate ea bileng a boˇ
ˇ
NA U NE U TSEBA . . .
ntsang ho itsepa ha a tsamaea.”
—Laurie.
Bacha ba kenang ba tsoa
Ke ntho ea tlhaho ho khahloa
litabeng tsa lerato, ha e
ke motho e motle. Bothata ke
le hantle “ba itokisetsa”
ho hlala ha ba se ba kene
hore ka linako tse ling tsela eo u
lenyalong.
bonang motho ka eona e ka ’na ea
fapana le seo a leng sona. Hoba-
?
204 bacha baa botsa
BALA
BALA HO
HO EKETSEHILENG
EKETSEHILENG KA
KA TABA
TABA ENA
ENA
BUKENG
BUKENG EA
EA 2,
2, KHAOLONG
KHAOLONG EA
EA 11 LE
LE EA
EA 33
=
“Metsi a mangata ha ¯ a khone ho tima
lerato, leha e le hore linoka li ka le hohola.”
—Sefela sa Lifela 8:7.
˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙
ne’ng? Hobane ponahalo e ka ’na ea thetsa. Bibele e re: “Joaloka
lesale la nko la khauta sefeneng sa kolobe, mosali e motle empa a
furalla ho ba le kelello o joalo.” (Liproverbia 11:22) Ho hlakile hore
molao-motheo ona oa sebetsa le ho bashanyana.
HO NKEHA MAIKUTLO @ Seo u se nahanang
“Ha ke le lilemo li 12, ke ne ke nkehile maikutlo haholo ka moshanyana e mong ’me hamorao ha ke hlaphoheloa, ke ile ka elelloa hore na ke hobane’ng ha ke ne ke mo rata. Ke hobane feela
metsoalle eohle ea ka e ne e rata bashanyana—’me le eena e ne e
le moshanyana. Lebaka e ne e le lona leo!”—Elaine.
“Ke ’nile ka haptjoa maikutlo ke banana ba bangata, empa ke
ne ke khahloa feela ke kamoo ba shebahalang kateng. Hang ha ke
hlokomela hore na motho eo ke oa mofuta ofe, ke ne ke elelloa
ˇ
hore ha re tsoane joalokaha ke ne ke nahana.”—Mark.
Ha motho a nkehile maikutlo ka motho ea itseng o nahana
hore oa mo rata. Ha e le hantle, ho rata motho ho akarelletsa ho
khahloa ke ponahalo ea hae. Empa motheo oa lerato o fapane
¯
hole le oa ho nkeha maikutlo. Ha motho a nkehile maikutlo o
ˇ
itsoara ho latela seo a se bonang ka ntle feela. Ho boetse ho etsa
hore motho a iphapanyetse mefokolo ea motho eo ’me a feteletse
KELETSO
makhabane a hae. Kahoo, ho nkeˇ
E le ho fumana hore na u
ha maikutlo ho tsoana le ho haha
tseba motho ea u khahliqhobosheane lehlabatheng. Ngoaleng hantle hakae, araba
nana e mong ea bitsoang Fiona o
lipotso tse leqepheng la
re: “Ke ntho ea nakoana feela. U
39 (bakeng sa banana) le
tse leqepheng la 40 (baka khahloa ke motho ea itseng kakeng sa bashanyana)
jeno, ’me khoeling e tlang ua ikuBukeng ea 2.
ˇ
tloa ka tsela e tsoanang ka motho
e mong hape!”
Nka tseba joang haeba e le lerato la sebele? 205
ˇ
Ho nkeha maikutlo ho tsoana le ho haha
qhobosheane lehlabatheng—ka mor’a nakoana hoa fela
LERATO @ Seo u se tsebang
“Ke nahana hore u rata motho hobane ho e-na le se u khahlang ka eena, ’me leo ke lebaka le utloahalang—eseng la boithati.”—David.
“Ke nahana hore batho ba lokela ho nka nako e le hore ba ratane e le kannete. Le qala le le metsoalle. Ebe butle-butle, u rata
seo u se tsebang ka motho eo ’me u qala ho ba le maikutlo ao pele
u neng u se na ’ona.”—Judith.
Motheo oa lerato ke ho tseba ka ho feletseng makhabane ao
motho a nang le ’ona le lintho tseo a fokolang ho tsona. Ha ho makatse hore ebe Bibele ha e hlalose lerato e le boikutlo feela. Har’a
tse ling, e re lerato “lea tiisetsa ’me le mosa. . . . Le jara lintho tsoˇ
hle, le lumela lintho tsohle, le tsepa lintho tsohle, le mamella lintho
tsohle. Lerato ha le fele le ka mohla.” (1 Bakorinthe 13:4, 7, 8) Lerato le etsa hore motho a etse lintho tsena hobane a e-na le tsebo—eseng hobane a lumela lintho habonolo feela kapa a se na
tsebo.
Mohlala oa Lerato la Sebele
ˇ
Tlaleho ea Bibele e buang ka Jakobo le Ragele e bontsa ka ho
hlaka seo lerato la sebele le leng sona. Jakobo o ile a kopana le
Ragele selibeng, moo Ragele a neng a il’o noesa linku tsa ntate oa
hae. Jakobo o ile a khahloa ke eena hang-hang. Hobane’ng? Leba¯
ka le leng ke hore “o ne a bopehile hantle, a le motle haholo.”
—Genese 29:17, Bibele—Phetolelo e Ncha.
206 bacha baa botsa
‘‘
¯
Lerato le khona ho hlola mathata, athe batho
ba nkehileng maikutlo bona ba atisa ho arohana
hang feela ha maemo a fetoha kapa mathata a
hlaha. Ho nka nako hore batho ba hlaolele lerato
la sebele.
—Daniella
’’
Empa hopola hore lerato la sebele ha lea thehoa feela seemong sa ’mele. Jakobo o ile a hlokomela lintho tse ling tse ntle ka
Ragele. Ha e le hantle, Bibele e re ka mor’a nakoana, maikutlo a
Jakobo ka Ragele e ne e se e se a ho khahloa feela. O ne a se “a
rata Ragele.”—Genese 29:18.
Na pale ee ea lerato e ile ea fella moo? Che—ha ea ka ea fella
moo. Ntate oa Ragele o ile a emisa Jakobo lilemo tse supileng pele
a ka nyala Ragele. Ebang seo se ne se e-na le toka kapa che, lerato la Jakobo le ile la lekoa. Haeba Jakobo a ne a nkehile maikutlo
feela, o ne a ke ke a khona ho ema nako eo e telele. Lerato la seˇ
bele ke lona feela le tsoarellang nako e telele. Kahoo ho ile ha etsahala’ng? Bibele e re: “Eaba Jakobo o sebeletsa Ragele ka lilemo
tse supileng, empa mahlong a hae tsa e-ba joaloka matsatsi a
seng makae ka lebaka la lerato la hae ho eena.”—Genese 29:20.
U ithuta eng mohlaleng oo oa Jakobo le Ragele? Hore lerato
ˇ
ˇ
la sebele le ka tsoarella nako e telele. Le hore ha lea itsetleha ka
seo ke rerang ho se etsa!
E le ho hlokomela hore na
ˇ tsela eo ke ikutloang ka eona ka
motho ea itseng e bontsa hore ke nkehile maikutlo kapa kea mo
rata, ke tla
ı .................................................................................................................................
.................................................................................................................................
Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka
tabeng ena ke
.................................................................................................................................
.................................................................................................................................
seemo sa ’mele feela. Ha e le hantle, motho eo e ka ’nang ea e-ba
molekane oa hao oa ka moso, e ka ’na ea e-ba eo qalong u neng u
sa bone a le motle hakaalo. Ka mohlala, Barbara o ile a kopana le
mohlankana e mong, eo a reng qalong o ne a sa mo khahle hakaalo. O re: “Empa ha ke ntse ke mo tloaela, lintho li ile tsa fetoha. Ke
ile ka hlokomela kamoo Stephen a neng a tsotella batho ba bang
kateng le kamoo a neng a lula a eteletsa pele lintho tseo ba bang
ˇ
ba li thahasellang kateng. Tsena ke litsobotsi tseo ke neng ke tseba hore lia hlokahala hore motho e be monna oa sebele. O ile a
nkhahla ’me ka qala ho mo rata.” Seo se ile sa etsa hore lenyalo la
bona e be le tiileng.
¯
Haeba u se u holile ka ho lekaneng hore u ka ratana ka sepheo
sa ho kena lenyalong, u tla tseba joang haeba u fumane motho eo
u mo ratang e le kannete? U ka ’na ua ikutloa ka tsela e itseng,
ˇ
empa tsepa kelello ea hao e koetlisitsoeng ka Bibele. U se ke ua
¯
sheba seemo sa ’mele feela. Iphe nako ea ho holisa botsoalle ba
¯
lona. Hopola hore hangata ho nkeha maikutlo ho nka nako e khuˇ
tsoanyane feela. Empa lerato la sebele le tiea le ho feta ha nako e
ntse e ea ’me e ba “tlamo e phethahetseng ea bonngoe.”—Bakolose 3:14.
Kholiseha hore u ka fumana lerato la mofuta oo—haeba u sa
susumetsoe ke khoheli feela (seo u se bonang) le ho nkeha maikutlo (seo u se nahanang). Lintlha tse maqepheng a mararo a latelang li tla u thusa ho etsa seo.
A re nke hore u fumane motho eo u mo
ratang e le kannete. U ka tseba joang haeba u se u loketse
ho kena lenyalong?
KHAOLONG E LATELANG
U NAHANA’NG KA SEE?
˘ Ke hobane’ng ha Molimo a entse hore ho be le maikutlo a
matla a khoheli pakeng tsa batho ba bong bo fapaneng?
˘ Ke hobane’ng ha bacha ba bangata ba ka tlaase ho
lilemo tse 20 ba sa atlehe litabeng tsa lerato?
208 bacha baa botsa
u ne u ka etsa’ng?
Michael o se a qetile likhoeli tse tharo a ratana le Judy
’me Judy o re “o mo rata hona hoo.” Michael oa mo tefisa
—ebile o mo bolella hore na a apare joang le hore na a tloaeˇ
lane le bo-mang. O ’nile a mo tsoara joaloka khalase—ho
fihlela bekeng e fetileng. Michael o ile a jabela Judy ka tlelapa ha a “mo fumana” a bua le moshanyana e mong.
ˇ
Michael o re: “Judy o lokela ho tseba hore ke tsaba hore
o tla ntlohela. Ha e le hantle, esita le ho nahana feela ka hore
mohlankana e mong a ka ’na a nkukela eena, ho nkopanya
hlooho! Ke masoabi hore ebe ke ile ka mo jabela. Empa ke sitoa ho iphapanya ha ke mo bona a e-na le mohlankana e
¯
ˇ
mong. Ntle ho moo, ke kopile hore a ntsoarele!”
Judy o re: “Batsoali ba ka ba re Mike o rata ho ntaola,
empa bonneteng ke motho ea phelang ka melao-motheo e
phahameng. Ha a e-s’o ka a leka ho nqobella ho kopanela
ˇ
boitsoarong bo bobe. Le ha a ntjabela ka tlelapa—e leng seo
ke sa kang ka se bolella batsoali ba ka—ke hobane ke ne ke
ntse ke bua le moshanyana e mong. Mike oa boulela, e leng
¯
se nkhahlang ka linako tse ling. Ebile o nkopile hore ke mo
ˇ
ˇ
tsoarele a ba a ntsepisa hore ha a sa tla hlola a etsa seo.”
ˇ
ˇ
Ntsa maikutlo a hao: Na u bona matsoao a lemosang ho
baratani baa? Haeba a teng, ke afe?
ı ..................................................................................................
..................................................................................................
Judy o lokela ho etsa’ng?
..................................................................................................
..................................................................................................
Uena u ne u ka etsa’ng?
..................................................................................................
..................................................................................................
Nka tseba joang haeba e le lerato la sebele? 209
u ne u ka etsa’ng?
Ethan o se a qetile likhoeli tse peli a ratana le Alyssa ’me o
hlokometse kamoo Alyssa a ratang ho pheha khang kateng,
haholo-holo le batsoali ba hae. Ha e le hantle, Alyssa o lula a
¯
pheha khang le batsoali ba hae, ’me hangata ke eena ea hlolang. O khona ho tsitlella seo a se batlang ho fihlela batsoali
ba hae ba tela. Alyssa o ’nile a ithorisa ho Ethan ka hore batsoali ba hae “ba utloa ka eena.”
Ethan o re: “Alyssa o ipuela feela. Ha a batle ho bolelloa
ntho leha e le efe—esita le ke batsoali ba hae. Ntate oa hae o
etsa lintho tse khopisang, kahoo ha ho makatse hore ebe seo
sea mo halefisa. Alyssa ha a tlatse lerata feela. A ka lla, a topola molomo, kapa a iketsa motho ea mosa—a etsa ntho leha
e le efe hore batsoali ba hae ba mo fe seo a se batlang.”
Alyssa o re: “Ha ke tsotelle hore na u mang kapa u boemong bofe, ke tla u joetsa litaba tsa hao, ebile ha ke na ho
hlatha koana le koana. Mohlankana oa ka, Ethan, o ntseba hantle. O kile a mpona hore na ke joang ha ke e-na le batsoali ba
ka.”
ˇ
ˇ
Ntsa maikutlo a hao: Na u bona matsoao a lemosang ho
baratani baa? Haeba a teng, ke afe?
ı ..................................................................................................
..................................................................................................
Ethan o lokela ho etsa’ng?
..................................................................................................
..................................................................................................
..................................................................................................
Uena u ne u ka etsa’ng?
..................................................................................................
..................................................................................................
..................................................................................................
210 bacha baa botsa
na ke lerato kapa ke ho nkeha maikutlo?
Leka ho tlatsa mantsoe a sieo lipolelong tse ka tlaase
mona. Tlatsa likheo tseo ka lentsoe lerato/rata kapa poleloana ho nkeha maikutlo/nkehile maikutlo.
1. “Ha motho a9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 o iphapanyetsa linnete ’me o
rata hore lintho li lule li le joalo. Ha a batle ho sheba lintho ka
tsela ea sebele.”—Calvin.
2. “Haeba ke tlameha ho fetola botho ba ka ha ke e-na le
ngoanana ea nkhahlileng, seo ke 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 .”
—Thomas.
3. “Ho na le ntho e itseng e ka ’nang ea u khopisa ka motho
eo. Empa haeba u mo 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 , u tla ’ne u batle ho
ba le eena ’me le rarolle bothata boo.”—Ryan.
4. “Ha motho a9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 , o sheba feela lintho tseo ba
ˇ
tsoanang ho tsona.”—Claudia.
5. “Ha u9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 motho, ha u pate seo u leng sona.”
—Eve.
6. “9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 ke tsela e ’ngoe ea boithati ea ho batla
ho fumana seo u se batlang—mohlomong e le hore feela u re
u na le mohlankana.”—Allison.
7. “Ha u 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 motho, u lemoha liphoso le botho
ba hae bo sa tloaelehang, empa u mamella lintho tseo.”
—April.
8. “Ha u 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 , u sitoa ho hlalosa hore na ke’ng
e u khahlang ka motho eo—u utloa feela hore ua mo rata.”
—David.
9. “Ha u 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 , ha ho mohla motho eo a etsang
phoso.”—Chelsea.
10. “Ha u 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 9 motho, ha u sa talima batho ba
bong bo fapaneng joaloka pele, kaha u nka hore u lokela ho
ˇ
tsepahala ho motho eo.”—Daniel.
Likarabo: Ho nkeha maikutlo: 1, 2, 4, 6, 8, 9. Lerato: 3, 5, 7, 10.
Nka tseba joang haeba e le lerato la sebele? 211
30
U
ˇ fumane motho ea u
tsoanelang, ˇ’me e se e le
khale le intsa hoo u tsebang hore lea ratana. Hoa
bonahala hore joale le se
le le haufi le ho nyalana.
Na ha ho joalo? Ha u le
mothating oa ho etsa
qeto e tebileng joalo bophelong, u qala ho
ipotsa . . .
Na ehlile re
se re loketse
lenyalo?
HO TLOAELEHILE hore batho ba
be le lipelaelo ka lenyalo—esita le
haeba ba ratana. Kaha manyalong
a mangata ha ho na thabo ebile
tlhalo e ntse e phahama ka sekha-
hla, hoa utloahala hore ebe u batla ho hata ka bohlale ha u ntse u
nahana ka mohato ona o tla fetola bophelo ba hao. U ka tseba
joang haeba u se u loketse ho kena lenyalong? Joale ke habohlokoa hore u tlohele litoro leha e le life tseo e ka ’nang eaba u ne u
e-na le tsona ka lenyalo ’me u shebe lintho ka tsela ea sebele. Ka
mohlala:
TORO EA 1 “Re itlhokela lerato feela bophelong.”
˝
Seo e leng ’nete: Lerato ha le na ho le lefella likoloto kapa ho
le sireletsa mathateng a lichelete. Ha e le hantle, bafuputsi ba fumane hore chelete ke sesosa se ka sehloohong sa liqabang manyalong le se bileng se etsang hore banyalani ba qetelle ba hlalane.
Ho ba le pono e sa leka-lekanang ka chelete ho ka le lematsa
¯
moeeng le maikutlong ’me ha senya kamano ea lona. (1 Timothea
6:9, 10) U ithuta’ng ho see? Buisanang ka tsela eo le tla sebelisa
chelete ka eona, le pele le nyalana!
¯
Bibele e re: “Ke mang ho lona ea batlang ho haha tora ea sa
ˇ
ˇ
luleng fatse pele ’me a bale litsenyehelo?”—Luka 14:28.
Tlhahiso: Buisana le motho eo u rerang ho nyalana le eena ka
tsela eo le tla sebetsana le litaba tsa lichelete ka eona ’me le buisaˇ
ne ka seo hona joale—pele le nyalana. (Liproverbia 13:10) Tsoˇ
hlang lipotso tse kang: Re tla etsa moralo oa tsebeliso ea chelete
joang? Na re tla kopanela ak’haonte ea banka kapa e mong le e
¯
mong o tla ba le ea hae? Ke mang ho rona ea tla khona ho boloka
tlaleho ea lichelete le ho bona hore likoloto lia lefelloa?1 E mong a
ka sebelisa chelete e kae ho reka lintho a sa bolella e mong? Hona
joale ke nako ea hore le qale ho etsa lintho le le thimi!—Moeklesia 4:9, 10.
ˇ
TORO EA 2 “Re tlil’o ba banyalani ba tsoanelanang, kaha re
˝
lumellana linthong tsohle—ha ho mohla re sa lumellaneng!”
Seo e leng ’nete: Haeba le lula le lumellana, mohlomong ke
hobane le bile hlokolosi ho qoba lintlha tseo le ka ’nang la se ke la
lumellana ho tsona. Empa ha le se le nyalane, le tla tlameha ho
1 Liproverbia 31:10-28 e hlalosa hore “mosali ea nang le bokhoni” o phetha mesebetsi e mengata ea bohlokoa e amanang le lichelete tsa lelapa. Sheba temana ea 13,
14, 16, 18 le ea 24.
Na ehlile re se re loketse lenyalo? 213
=
“Monna [o] tla siea ntat’ae le ’m’ae a
khomarele mosali oa hae ’me e tla ba
nama e le ’ngoe.”—Genese 2:24.
˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙
bua ka tsona! Ha e le hantle, ha ho na batho ba babeli ba sa pheˇ
thahalang ba tsoanelanang ka ho feletseng, kahoo joang kapa
joang le tla ba le liqabang. (Baroma 3:23; Jakobo 3:2) Ha ua lokela ho nahana feela ka hore na le lumellana hantle hakae empa u lokela ho nahana le ka se etsahalang ha le sa lumellane. Lenyalo le
ˇ
tsoarellang ke la batho ba babeli ba lumelang pepenene hore ba na
ˇ
le qabang ’me ba leka ho e rarolla ka khotso le ka tsela e bontsang
¯
hore ba holile tsebong.
Bibele e re: “Le se ke la robala le halefile.”—Baefese 4:26,
Contemporary English Version.
Tlhahiso: Nahana ka hloko ka seo u ’nileng ua se etsa ha u
qabane le batsoali ba hao le banab’eno. Etsa chate e kang e leqepheng la 93 bukeng ena kapa e leqepheng la 221 Bukeng ea
ˇ
2. Bolela lintho tse ileng tsa le qabanya, kamoo u ileng ua itsoara
kateng le hore na mohlomong u ka be u ile ua etsa’ng e molemonyana. Ka mohlala, haeba u nkoa ke pelo ha u qabane le ba bang,
ebe u ea kamoreng ea hao, u khahlela lemati u halefile, ngola hore
na u ka etsa’ng e molemonyana—e leng se tla u thusa ho rarolla
ˇ
bothata ho e-na le ho bo mpefatsa. Haeba u ithuta ho itsoara hantle ha u qabane le ba bang, u tla
fumana tsebo ea bohlokoa, e hloKELETSO
kahalang hore ho be le thabo leBuisanang
le banyalani
nyalong.
¯
ba holileng, le ba botse
TORO EA 3 “Ha ke se ke le le˝
hore na ba ka eletsa banyalong, litakatso tsohle tsa ho
nyalani ba bacha joang
hore ba atlehe lenyalong
kopanela liphate tseo ke nang le
la bona.—Liproverbia
tsona li tla khotsofatsoa.”
27:17.
Seo e leng ’nete: Ho ba lenyalong ha ho bolele hore u tla kopanela liphate neng kapa neng feela
214 bacha baa botsa
(Se tsoela pele leqepheng la 218 )
MOHLALA O MOTLE OA
Ruthe
Ruthe eo e neng e le mohlolohali o ile a beha mohlala o motle
ˇ
oa ho ba ea tsepahalang. O ile a khetha ho tsamaea le Naomi,
matsal’ae ea tsofetseng, ho e-na le ho khutlela motseng oa habo
ho ea iphelela hamonate. Le hoja ho khetha seo ho ne ho mo fokoletsa menyetla ea hore a fumane molekane, Ruthe o ile a tsepamisa maikutlo tabeng ea bohlokoa haholo. Lerato la hae ho
Naomi le takatso ea hae ea hore a be le batho ba Jehova e ne e
le tsa bohlokoa ho feta ho khotsofatsa takatso ea hae ea hore a
nyaloe.—Ruthe1:8-17.
Na u nahana ho kena lenyalong? Joale u lokela ho etsisa
Ruthe. U se ke ua nahana feela ka tsela eo u ikutloang ka eona,
ˇ
empa u ipotse hore na ke litsobotsi life tse molemo tseo u tla li boˇ
ntsa molekane oa hao oa ka moso. Ka mohlala, na u motho ea
ˇ
ˇ
tsepahalang le ea bontsang boitelo? Na u phela ka melao-motheo e khahlisang Molimo, esita le ha ’mele oa hao o sa phethahalang o batla hore u etse se fapaneng? Ruthe o ne a sa batle leˇ
nyalo ka mahlo a matso. Leha ho le joalo, ha nako e ntse e ea o ile
ˇ
¯
a fumana monna ea holileng tsebong, ea nang le litsobotsi tse
ˇ
tsoanang le tsa hae—’me ka holim’a tsohle, e le ea ratang Moliˇ
mo. U ka etsahalloa ke se tsoanang.
na u se u loketse ho kena lenyalong?
Nahana ka lipotso tse botsitsoeng maqepheng a
mabeli a latelang. U ka ’na ua sebelisa lintlha tse
maqepheng ana e le motheo oa seo le ka buisanang ka
sona le molekane oa hao oa ka moso. Tiisang hore le
ˇ
phetla mangolo a bontsitsoeng.
litaba tsa lichelete
˚ Maikutlo a hao ke afe ka chelete?—Baheberu 13:5, 6.
ˇ
˚ U bontsa
ka litsela life hore u se u ntse u khona ho sebelisa
chelete ka tsela e nang le boikarabelo?—Matheu 6:19-21.
˚ Na hona joale u na le likoloto? Haeba u na le tsona, u etsa’ng
hore u li lefelle?—Liproverbia 22:7.
ˇ
¯
˚ Litsenyehelo
tsa lechato la lona e tla ba bokae? Haeba ho
hlokahala hore le kene sekolotong, le ikemiselitse ho etsa se
sekae?—Luka 14:28.
˚ Na ho tla hlokahala hore le sebetse ka bobeli ha le se le
nyalane? Haeba ho joalo, le tla etsa’ng haeba le tsamaea ka
ˇ
linako tse sa tsoaneng ’me le hloka sepalangoang?—Liproverbia
15:22.
ˇ
˚ Le tla lula hokae? Litsenyehelo
tsa rente, lijo, liaparo le lintho
tse ling e tla ba bokae, hona le tla li lefella joang?—Liproverbia
24:27.
litaba tsa lelapa
˚ U phelisana joang le batsoali ba hao le banab’eno?—Exoda 20:12;
Baroma 12:18.
˚ Hona joale u rarolla liqabang joang lapeng?—Bakolose 3:13.
ˇ
˚ Haeba u moroetsana, u bontsa
ka litsela life hore u na le “moea
¯
o thotseng le o bonolo”?—1 Petrose 3:4.
˚ Na le rera ho ba le bana? (Pesaleme ea 127:3) Haeba ha ho joalo, le
tla sebelisa mokhoa ofe oa ho thibela pelehi?
˚ Haeba u mohlankana, u rera ho etella pele joang tabeng ea ho
hlokomela lelapa la hao moeeng?—Matheu 5:3.
mekhoa ea hao
ˇ
˚ U bontsitse
ka litsela life hore u motho ea mahlahahlaha?
—Liproverbia 6:9-11; 31:17, 19, 21, 22, 27.
ˇ
˚ U bontsitse
joang hore u na le moea oa boitelo?—Bafilipi 2:4.
ˇ
˚ Haeba u mohlankana, u bontsa
joang hore u etsisa Kreste
tabeng ea ho sebelisa matla a bolaoli?—Baefese 5:25, 28, 29.
ˇ
˚ Haeba u moroetsana, ke’ng e bontsang
hore u ka ikokobelletsa
ba nang le matla a bolaoli?—Baefese 5:22-24.
Na ehlile re se re loketse lenyalo? 217
(Se tsoa leqepheng la 214 )
ha u batla. Hopola hore molekane oa hao ke motho ea nang le
maikutlo ao u lokelang ho a nahanela. Ha e le hantle, ka linako tse
ling molekane oa hao o tla ikutloa a se moeeng oa ho kopanela liphate. Ho ba lenyalong ha ho u fe tokelo ea ho tsitlella hore litlhoko tsa hao li khotsofatsoe. (1 Bakorinthe 10:24) ’Nete ke hore boiˇ
tsoaro ke ba bohlokoa haholo ha motho e le lesoha le ha a le
lenyalong.—Bagalata 5:22, 23.
¯
Bibele e re: “E mong le e mong oa lona a tsebe ho ruela sejana sa hae khalaletsong le tlhomphong, eseng takatsong ea botona
ˇ
kapa ea botsehali e chachehisang ka mohono.”—1 Bathesalonika
4:4, 5.
Tlhahiso: Lekola ka hloko takatso le likhopolo tseo u nang le
tsona mabapi le ho kopanela liphate ’me u nahane hore na lintho
¯
tsena li ka ’na tsa ama lenyalo la lona joang nakong e tlang. Ka
ˇ
mohlala, na u lemaletse tloaelo e bontsang boithati ea ho ipholla liˇ
ˇ
ˇ
tho tsa botona kapa botsehali? Na u tloaetse ho sheba litsoantso
ˇ
tse litsila tse tsosang takatso? Na u na le mahlo a bochalachala, ka
hore ka ho ikutsoa u shebe batho ba bong bo fapaneng ka ho ba lakatsa? Ipotse, ‘Haeba ke thatafalloa ho laola takatso ea ho kopanela liphate pele ke kena lenyalong, ke tla khona joang ho e laola ha ke se ke le lenyalong?’ (Matheu 5:27, 28) Taba e ’ngoe ke
hore: Na u ’nile ua itloaetsa ho bapala ka maikutlo a lerato a ba
bang, ebe u tsejoa ka hore u rabanana? Haeba ho joalo, u rera ho
etsa’ng e le hore u khaotse mokhoa oo ha u se u le lenyalong, nakong eo u tla beng u lokela ho boˇ
ntsa lerato ho motho a le mong
NA U NE U TSEBA . . .
feela—e leng molekane oa hao?
Lenyalong le
—Liproverbia 5:15-17.
atlehileng, monna
le
TORO EA 4 “Lenyalo le tla etsa
˝
ˇ
mosali ba tsoarana
hore ke thabe.”
joaloka metsoalle, ba
buisana hantle ’me ba
Seo e leng ’nete: Hangata
talima kamano ea bona e
motho ea sa thabang ha e le lele tlamahano ea bophelo
soha, o ntse a sa thabe le ha a
bohle.
le lenyalong. Hobane’ng? Hobane
ntho e etsang hore motho a thabe
bophelong ke tsela eo a talimang
?
218 bacha baa botsa
U se ke ua ikakhela
feela lenyalong, empa
u sa tsebe seo u
ikenyang ho sona
lintho ka eona, eseng maemo
ao a leng ho ’ona. (Liproverbia 15:15) Batho ba atisang ho
ingamangama bophelong, hangata ba tsepamisa maikutlo linthong tse sieo kamanong ea
bona ho fapana le ho a tsepamisa
ho tse teng. Ho molemo hore ha u
ntse u le lesoha u hlaolele ho ba le
¯
boikutlo bo botle le ho bo holisa. Joale ha u se u le lenyalong, u tla
ˇ
ˇ
bontsa litsobotsi tse ntle ’me u thuse le molekane oa hao ho etsa
joalo.
Bibele e re: “Ho molemo hore u khotsofalle seo u nang le
sona ho e-na le hore u lule u batla lintho tse ling.”—Moeklesia 6:9,
Today’s English Version.
Tlhahiso: Ka linako tse ling, maikutlo a nyahamisang a bakoa
¯
ke ho lebella lintho tseo e seng tsa sebele. Leqepheng le ka thoko,
ngola lintho tse peli kapa tse tharo tseo u li lebeletseng lenyalong.
Li bale ebe ua ipotsa: ‘Na lintho tseo ke li lebeletseng ke tsa sebele kapa ke litoro feela? Na ke susumelitsoe ke ba mecha ea
seo ke rerang ho se etsa!
ˇ
Tsobotsi eo
¯ ke lokelang ho e ntlafatsa hona joale e tla nthusa
hore ke holise lerato la ka ho molekane oa ka oa ka moso, ke
ı .................................................................................................................................
Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka
tabeng ena ke
.................................................................................................................................
.................................................................................................................................
‘‘
Lenyalo hase papali. Ke habohlokoa hore u tsebe
hore na u ikenya ho eng le hore u tsebe motho eo
u nyalanang le eena.
—Audra
’’
phatlalatso, mohlomong ka lifilimi kapa libuka tsa lerato? Na seo
ke se lebeletseng lenyalong ke hore na le tla nketsetsa eng—mohlomong ho ntlosa bolutu, ho khotsofatsa takatso ea ka ea ho kopanela liphate le ho etsa hore ke hlahe hantle bathong?’ Haeba
ho joalo, u tla lokela hore u khaotse ho nahana ka uena feela ’me u
qale ho nahana le ka molekane oa hao oa ka moso. E le ho u thusa ho etsa seo, ngola lintho tse peli kapa tse tharo tseo u li lebeletseng lenyalong tse amang uena le molekane oa hao oa ka moso.
Litoro tse boletsoeng ka holimo tseo batho ba nang le tsona
ka lenyalo, li ka u sitisa hore u thabe lenyalong. Kahoo, leka hore
u se ke ua nahana ka lintho tseo, ho e-na le hoo u talime lintho ka
tsela ea sebele. Lipotso tse leqepheng la 216 le la 217 li ka u thusa le molekane oa hao oa ka moso ha le ntse le lebeletse ka thabo
¯ ¯
seo e ka bang e ’ngoe ea litlhohonolofatso tse kholo ka ho fetisisa bophelong—e leng lenyalo le nang le thabo!—Deuteronoma
24:5; Liproverbia 5:18.
Ha mohlankana le moroetsana ba
arohana, eo e ka ba taba e utloisang bohloko haholo. U ka
sebetsana le boemo boo joang?
KHAOLONG E LATELANG
U NAHANA’NG KA SEE?
˘ Linaheng tse ling, manyalo a mangata a fella ka tlhalo.
U nahana hore lebaka la seo ke lefe?
˘ Ho na le likotsi life haeba u kena lenyalong hore feela u
balehe bophelo bo sa thabiseng lapeng?
˘ Ke hobane’ng ha e tla ba habohlokoa hore le phele ka
melao-motheo ea Bibele ha le se le nyalane?
220 bacha baa botsa
31
Nka tsoela pele joang
ka bophelo ka mor’a
hore re arohane?
“ ’Na le mohlankana oa ka re ne re qetile lilemo
tse
ˇ hlano re le metsoalle ’me re qetile likhoeli tse
tseletseng re ratana. Ha a batla ho arohana le ’na, o ile a
sitoa le ho mpolella. O ile a khaotsa ho mpuisa. Ke ne
ke tsielehile ke bile ke khathetse matla. Ke ne ke lula
ke ipotsa hore, ‘Ebe ke fositse hokae?’ ”—Rachel.
221
KAROHANO e ka u amoha thabo, ea etsa hore u lule u lla ke ho
nyahama. Nahana ka Jeff le Susan ba qetileng lilemo tse peli ba
¯
ratana. Nakong eo, lerato la bona le ile la hola. Jeff o ne a qeta
letsatsi kaofela a romella Susan melaetsa ea lerato ka fono.
ˇ
Nako le nako, o ne a mo fa limpho e le ho bontsa hore oa mo hopola. Susan o re: “Jeff o ne a ikitlaelletsa ho ’mamela le ho utloisisa seo ke se buang. O ne a etsa hore ke ikutloe ke le motho oa
bohlokoa.”
Ka mor’a nakoana, Jeff le Susan ba ile ba qala ho buisana ka
lenyalo le hore na ba tla lula hokae ha ba se ba nyalane. Jeff o
ˇ
ne a bile a batla ho rekela Susan reng. Empa ka tsohanyetso
Jeff o ile a lahla Susan! Susan o ile a ferekana. O ne a phetha
mesebetsi ea letsatsi le letsatsi, empa o ne a ferekane hoo a sitoang ho nahana hantle. O re: “Ke ne ke imetsoe kelellong ’me
ke khathetse ’meleng.”1
Lebaka Leo ho Utloisang Bohloko
ˇ
Haeba u kile ua ba boemong bo tsoanang le ba Susan, u ka
’na ua ipotsa, ‘Na lintho li tla ke li khutlele setloaeling?’ Ke ho
utloahalang hore ebe u sithabetse. Morena Solomone o ile a
ngola a re: “Lerato le matla joaloka lefu.” (Sefela sa Lifela 8:6)
Kahoo, karohano e ka ’na ea e-ba e ’ngoe ea lintho tse bohloko
ka ho fetisisa tse kileng tsa u hlahela. Ha e le hantle, ba bang ba
ˇ
re karohano e tsoana leha eka karolo e ’ngoe ea hao e shoele. U
ka ba ua tleloa ke maikutlo a kang ana, mohlomong le a mang
ao ka tloaelo batho ba shoetsoeng ba bang le ’ona:
Ho latola boemo. ‘Ho ke ke
?
NA U NE U TSEBA . . .
Bacha ba bangata ba ka
tlaase ho lilemo tse 20 ba
ratanang ha ba nyalane,
’me haeba ba nyalana ba
bangata ba bona ba
qetella ba hlalane.
ha etsahala hore ebe ho felile. O
tla inahana hape ka mor’a letsatsi
kapa a mabeli.’
Ho halefa. ‘A ka nketsa tjee
joang? Ha ke mo batle le moo a
hatileng teng!’
1 Le hoja batho ba qotsitsoeng khaolong
ˇ
ena e le baroetsana, melao-motheo e tsohliloeng mona e sebetsa le ho bahlankana.
222 bacha baa botsa
Ho sithabela maikutlo. ‘Ha
KELETSO
ke ratehe. Ha ho motho ea tla ke
Susan eo ho builoeng ka
a nthate.’
eena qalong ea khaolo
Ho amohela boemo. ‘Ho tla
ena, o ile a thathamisa
loka. Karohano e bohloko, empa
litemana ’me a li boloka
bohloko boo bo tla feta.’
haufi le eena e le hore a
ka li bala ha a ikutloa a
Ho thabisang ke hore u ka
sithabetse. Mohlomong
khona ho amohela boemo boo.
leˇ uena u ka etsa se
Empa hore na u tla nka nako e
tsoanang ka litemana tse
ˇ
kae hore u bo amohele, ho itsefanoeng khaolong ena.
tlehile ka mabaka a ’maloa, a
akarelletsang hore na ke khale
hakae le ratana le hore na le ne le
se le le boemong bofe. Empa u ka etsa’ng ho kokobetsa bohloko boo u bo utloang hajoale?
Ho Itsoella Pele ka Bophelo
Mohlomong u kile ua utloa batho ba re, Nako e folisa tsohle.
ˇ
Ha le qeta ho arohana, mantsoe ao a ka ’na a se ke a u tselisa.
Lebaka ke hore hase nako feela e kokobetsang bohloko. Ka mohlala: Ha u tsoile leqeba, le tla fola ha nako e ntse e ea empa
hona joale ua opeloa. Ho hlokahala hore u thibe mali hore a se
ke a tsoa ’me u kokobetse bohloko. Hape u lokela ho le sireleˇ
tsa. Hoa tsoana le ha u utloile bohloko maikutlong. Hona joale
u utloile bohloko. Empa ho na le lintho
tseo u ka li etsang ho kokobetsa
ˇ
Karohano e tsoana le
leqeba—e bohloko hona
joale, empa ha nako e
ntse e ea bohloko boo bo
tla kokobela
223
ke’ng seo nka ithutang sona ka mor’a
hore re arohane?
Na motho eo o u boleletse hore na ke hobane’ng ha a
batla hore le arohane? Haeba o u boleletse lebaka, le ngole
meleng e ka tlaase mona, ho sa tsotellehe hore na lea
utloahala kapa che.
ı ..................................................................................................
..................................................................................................
U nahana hore e ka ’na eaba mabaka a mang ke afe?
..................................................................................................
..................................................................................................
..................................................................................................
Ha u talima morao, na ho na le ntho eo u ka beng u e entse ho
fetola se etsahetseng? Haeba e teng, ke’ng?
..................................................................................................
..................................................................................................
..................................................................................................
ˇ
Na se u etsahaletseng se u bontsitse lintlha tseo u ka ratang
ho ntlafatsa ho tsona moeeng kapa maikutlong?
..................................................................................................
..................................................................................................
..................................................................................................
Haeba ho na le ntho leha e le efe eo u ka e fetolang, u ka
etsa’ng nakong e tlang ha u e-ba le mohlankana?
..................................................................................................
..................................................................................................
..................................................................................................
..................................................................................................
224 bacha baa botsa
=
“[Jehova] o folisa ba robehileng lipelo,
o tlamisa maqeba a bona a bohloko.”
—Pesaleme ea 147:3.
˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙
bohloko e le hore u se ke ua lula u hloname. Nako e tla u thusa
¯
ho ea boholeng bo itseng, empa ke’ng seo u ka se etsang? Leka
ho sebelisa litlhahiso tse latelang.
˘ Iphe nako ea ho sareloa. Hase phoso ho lla ha u utloile
bohloko. Etsoe Bibele e re ho na le “nako ea ho lla” ebile ho na
le “nako ea ho bokolla.” (Moeklesia 3:1, 4) Ho lla ha ho bolele
hore ua fokola. Esita le Davida—eo e neng e le mohlabani ea sebete—ha a ne a utloile bohloko, o ile a lumela, a re: “Bosiu bohle ke etsa hore bethe ea ka e re te! ke metsi; ke etsa hore setulo sa ka se kang moalo se tlale ka meokho ea ka.”—Pesaleme
ea 6:6.
˘ Itlhokomele ’meleng. Ho ikoetlisa le ho ja lijo tse nang le
phepo e ntle ho tla u thusa hore u boele u be le matla ka mor’a
ho utloisoa bohloko ke karohano. Bibele e re: “Koetliso ea ’mele
e na le molemo.”—1 Timothea 4:8.
Ke lintlha life tse amanang le bophelo bo botle tseo ho ka
’nang ha hlokahala hore u li ele hloko?
ı ..................................................................................................
..................................................................................................
..................................................................................................
˘ Lula u phathahane. U se ke ua tlohela ho etsa lintho tseo
ˇ
u li ratang. Ena hase nako ea hore u itsehle thajana. (Liproverbia 18:1) Ho qeta nako u e-na le batho ba u tsotellang ho tla u
thusa ho tsepamisa kelello linthong tse nepahetseng.
U ka ipehela lipakane life?
..................................................................................................
..................................................................................................
..................................................................................................
Nka tsoela pele joang ka bophelo ka mor’a hore re arohane? 225
˘ Rapela Molimo u mo bolelle maikutlo a hao. Hoo ho ka
’na ha e-ba boima. Ka mor’a ho arohana, ba bang ba bile ba utloa
eka Molimo o ba soetsitse. Ba re, ‘Ke rapetse ka makhetlo hore
ke fumane motho, ’me bona hore na joale ho etsahetse’ng!’ (Pesaleme ea 10:1) Empa na re lokela ho nka hore Molimo ke eena
ea batlelang batho balekane? Che, ebile hase eena ea ikarabellang ha motho e mong a se a sa batle ho tsoela pele ka kamano
eo. Seo re se tsebang ka Jehova ke hore: “Oa [u] tsotella.” (1 Petrose 5:7) Kahoo, mo bolelle maikutlo a hao ka thapelo. Bibele e
¯
¯
re: “Likopo tsa lona tse matla li ke li tsebisoe Molimo; ’me khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo tsa
¯
¯
lona le matla a lona a kelello ka Kreste Jesu.”—Bafilipi 4:6, 7.
¯
Ke lintho life tseo ka ho toba u ka kopang Jehova hore a u
thuse ka tsona ha u ntse u sebetsana le bohloko bo bakoang ke
karohano?
ı ..................................................................................................
..................................................................................................
..................................................................................................
seo ke rerang ho se etsa!
E le hore ke itsoelle pele ka bophelo ka mor’a karohano,
ke tla
ı ..........................................................................................................................
..........................................................................................................................
Ntlha eo nka ntlafatsang ho eona e tla nthusa nakong e tlang ha
ke e-ba le mohlankana ke
..........................................................................................................................
..........................................................................................................................
Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka
tabeng ena ke
..........................................................................................................................
..........................................................................................................................
‘‘
Nako e u fa monyetla oa hore u be le pono e
hlakileng haholoanyane. Ha nako e ntse e ea
maikutlo aa kokobela, kahoo u ka nahana ka
boemo boo ka kelello e hlaphohileng ’me u lebale
ka bona. Hape, u ka ithuta haholoanyane ka hore
na u motho oa mofuta ofe, u batla molekane ea
joang le hore na u lokela ho itebela linthong life e
le hore ka moso u se ke ua hlaheloa ke boemo bo
ˇ
tsoanang.
—Corrina
’’
Talima Pele
Ha bohloko bo se bo kokobetse, u ka ’na ua rata ho nahanisisa ka se etsahetseng pakeng tsa hao le motho eo u arohaneng
le eena. Ha u se u loketse ho etsa seo, ho ka ’na ha u thusa ho
araba lipotso tse lebokoseng le reng, “Ke’ng Seo Nka Ithutang
Sona ka Mor’a Hore re Arohane?” le leqepheng la 224.
Ke ’nete hore lintho ha lia tsamaea kamoo u neng u lebeletse kateng. Empa hopola sena: Ha motho a le puleng e nang ka
ˇ
sefefo, ho bonolo hore a nahane feela ka maru a matso le ka
ˇ
pula e ntseng e tsoloha. Leha ho le joalo, qetellong pula ea emisa ’me maru aa apoha. Bacha ba qotsitsoeng qalong ea khaolo
ena ba ile ba hlokomela hore ha nako e ntse e ea, ba khona ho
itsoella pele ka bophelo. Kholiseha hore seo se ka etsahala le ho
uena!
ˇ
KHAOLONG E LATELANG U ka etsa’ng hore u itsireletse ho
batho ba hlekefetsang ba bang ka thobalano?
U NAHANA’NG KA SEE?
˘ U ithutile eng ka uena ka mor’a hore u arohane le
motho eo u neng u ratana le eena?
˘ U ithutile eng ka batho ba bong bo fapaneng?
Nka tsoela pele joang ka bophelo ka mor’a hore re arohane? 227
Selemo le selemo, batho ba limilione baa betoa kapa ba
hlekefetsoa
ka tsela e itseng ka thobalano, ’me liphuputso li
ˇ
bontsa hore bacha ke bona ba shebiloeng haholo. Ka
mohlala, ho hakanyetsoa hore United States, hoo e batlang e
le halofo ea batho bohle ba betoang, ke bacha ba lilemo tse
ka tlaase ho 18. Kaha tlhekefetso e atile haholo, ke
habohlokoa hore u nahane ka taba ena.
ˇ
Nka itsireletsa joang ho
batho ba hlekefetsang ba
bang ka thobalano?
32
ˇ
“O ile a nqhautsa eaba o ntahlela fatse le pele ke
hlokomela se etsahalang. Ke ile ka etsa
ˇ sohle seo nka
se khonang hore ke mo thibele. Ka ntsa senyanyatsi se
llisang mahlo, empa a se lahlela koana. Ka leka ho
hoeletsa, empa lentsoe la sitoa ho tsoa. Ke ile ka mo
sutumetsa, ka mo raha, ka mo otla ka lifeisi le ho mo
ngoapa. Mothating oo, ke ha ke utloa a ntlhaba ka
thipa. Eaba joale ke felloa ke matla.”—Annette.
BATHO ba hlekefetsang ba bang ka thobalano ba atile kajeno,
’me hangata ba shebile bacha. Bacha ba bang ba kang Annette,
ba hlaseloa ke batho bao ba sa ba tsebeng. Ba bang ba hlaseloa ke
baahelani. Seo ke se ileng sa etsahalla Natalie, eo ha a le lilemo li
leshome feela a ileng a hlekefetsoa ka thobalano ke mocha e
ˇ
mong ea neng a lula pel’a habo. O re: “Qalong ke ne ke tsohile ke
bile ke hlajoa ke lihlong hoo ke sa kang ka bolella motho leha e le
ofe.”
Bacha ba bangata ba ’nile ba hlekefetsoa ke litho tsa malapa
abo bona. Mosali e mong ea bitsoang Carmen o re: “Ha ke le pa228 bacha baa botsa
keng tsa lilemo tse 5 le tse 12, Ntate o ne a ntlhekefetsa ka thobalano. Qetellong ke ile ka mo toba ka taba eo ha ke le lilemo li
¯
ˇ
20. O ile a re o kopa tsoarelo, empa likhoeli tse ’maloa ka mor’a
moo, a ntebela lapeng.”
Kajeno ho hlekefetsoa ka thobalano ke moahelani, motsoalle,
ˇ
kapa setho sa lelapa ho atile ka tsela e tsosang.1 Empa ho hlekahlekoa ha bacha hase ntho e ncha. Esita le nakong eo ho neng ho
ngoloa Bibele, lintho tse nyarosang joalo li ne li ntse li etsahala.
(Joele 3:3; Matheu 2:16) Kajeno re phela linakong tse mahlonoko. Batho ba bangata ha ba na “lerato la tlhaho,” ’me ho tloaelehile hore banana (esita le bashanyana) ba hlekefetsoe ka thobalano. (2 Timothea 3:1-3) Le hoja ho se na mohato oo ho ka tiisoang
hore o tla u sireletsa, ho na le lintho tse ngata tseo u ka li etsang
ˇ
hore u itsireletse. Nahana ka likeletso tse latelang:
E-ba seli. Ha u tsamaea ka ntle, ela hloko lintho tse etsahalang ka pele, ka morao le ka mahlakoreng. Hoa tsebahala hore libaka tse ling li kotsi, haholo-holo bosiu. Etsa ka hohle kamoo u ka
khonang hore u qobe ho tsamaea libakeng tse joalo kapa bonyane u tiise hore ha u tsamaee u le mong.—Liproverbia 27:12.
U se ke ua fana ka maikutlo a fosahetseng. Qoba ho bonya
kapa ho apara ka tsela e tsosetsang ba bang takatso. Ho etsa joalo, ho ka ’na ha fana ka maikutlo a hore u ka rata ho kopanela liphate—kapa hore bonyane u ke ke ua hana.—1 Timothea 2:
9, 10.
Buisanang ka ho ipehela meeli. Haeba u na le mohlankana,
ˇ
buisana le eena ka boitsoaro bo loketseng le bo sa lokelang.2
Hang ha le se le behile meeli, qoba ho ipeha maemong ao ho ka
bang bonolo hore u hlekefetsoe.—Liproverbia 13:10.
ˇ
U se ke ua tsaba ho bua. Ha ho letho le fosahetseng haeba u
bua ka tieo u re, “U se ke ua etsa joalo!” kapa “Tlosa letsoho la
ˇ
hao ho ’na!” U se ke ua tsaba hore mohlankana oa hao o tla u lahla. Haeba a u lahla ka lebaka lena, o ne a ntse a sa u lokela!
1 Maemong a mang, ngoanana o betoa ke moshanyana eo a ratanang le eena, o mo
qobella hore a lumele ho robala le eena kapa o mo taha ka sethethefatsi.
2 Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, sheba Khaolo ea 4, Bukeng ea 2.
ˇ
Nka it sireletsa joang ho batho ba hlekefetsang? 229
“haeba ua nthata . . . ”
Batho ba bang ba hlekefetsang banana ka thobalano,
ha ba ba bete empa ba ba qhekella ka bohlale. Joang? Ka ho
bua lintho tse kang, “Batho bohle ba kopanela liphate,” “Ha ho
na motho ea tla tseba,” kapa joalokaha ho boletsoe Khaolong
ea 24 ea buka ena ba re, “Haeba ua nthata, u tla lumela.” U se
ke ua thetsoa ke moshanyana ea batlang hore u kopanele liˇ
phate le eena, ea reng seo se bontsa hore lea ratana. ’Nete ke
hore motho leha e le ofe ea nahanang ka tsela eo, o mpa feela
a batla ho ikhotsofatsa. Ha a u nahanele ebile ha a nahane ka
boiketlo ba hao. Ho fapana le hoo, mohlankana oa sebele o tla
ˇ
etelletsa pele lintho tseo u li thahasellang ’me o tla bontsa
hore o na le matla a ho khomarela melao ea Molimo ea boiˇ
tsoaro. (1 Bakorinthe 10:24) Mohlankana oa sebele a ke ke a
ˇ
tsoara banana joalokaha eka ke lisebelisoa feela tsa ho ikhotsofatsa. Ho e-na le hoo, o tla talima ‘basali ba bacha joaloka likhaitseli tsa hae ka tlhoeko eohle.’—1 Timothea 5:1, 2.
ˇ
Etsoe u tsoaneloa ke monna oa sebele, ea hlomphang ’mele oa
hao le melao-motheo eo u phelang ka eona.1
E-ba hlokolosi ha u sebelisa Inthanete. Le ka mohla u se ke
ˇ
ua fana ka boitsebiso ba botho kapa lifoto tse bontsang hore na u
lula haufi le hokae.2 Ha u fumana molaetsa o buang pepenene ka
litaba tsa thobalano, hangata ntho e molemo eo u ka e etsang ke
hore u se ke ua o araba. Ho se arabe melaetsa e joalo ho etsa hore
NA U NE U TSEBA . . .
batho ba bangata ba hlekefetsang
United States, bacha ba
ba bang ka thobalano, ba sebelifetang karolo ea 90 lesang Inthanete ba khathale matla.
?
kholong ba hlekefelitsoeng ka thobalano, ba
tseba motho ea ba hlekefelitseng.
230 bacha baa botsa
1 Ha e le hantle, keletso ena ea sebetsa le
haeba ngoanana a hatella moshanyana hore
a robale le eena.
2 Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng,
sheba Khaolo ea 11, Bukeng ea 2.
=
“Matsatsing a ho qetela ho tla ba le linako tse
mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le
tsona. Etsoe batho e tla ba baithati, . . . ba se
nang
lerato la tlhaho,ˇ . . . ba hlokang
ˇ
boitsoaro, ba bohale bo tsosang, ba hlokang
lerato la se molemo.”—2 Timothea 3:1-3.
˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙
Mehato e boletsoeng ka holimo e ka fokotsa menyetla ea
hore u hlaseloe. (Liproverbia 22:3) Leha ho le joalo, bonneteng
hase kamehla u ka laolang ka ho feletseng maemo ao u leng ho
’ona. Ka mohlala, ka linako tse ling u ka ’na ua hloka motho eo u
tsamaeang le eena kapa ua sitoa ho qoba libaka tse kotsi. Ebile e
ka ’na eaba u lula sebakeng se kotsi.
Mohlomong u tseba ka phihlelo e bohloko e u hlahetseng
hore lintho tse mpe li ka etsahala leha u ka leka ho qoba mathata. Joaloka Annette, eo ho qotsitsoeng mantsoe a hae qalong,
¯
motho a ka ’na a u tsometsa a ba a u hlola ka matla. Kapa joaloka Carmen, e ka ’na eaba u ile ua hlekahlekoa u sa le ngoana, ’me
kahoo u sa khone ho laola boemo—kapa mohlomong u bile u sa
utloisise ka ho feletseng hore na ho etsahala’ng. U ka sebetsana
ˇ
joang le boikutlo ba ho ba molato, bo atisang ho tsoenya batho ba
hlekefelitsoeng ka thobalano?
Ho Sebetsana le Boikutlo ba ho ba Molato
ˇ
Annette o ntse a loantsana le
ho ikutloa a le molato ka se mo
KELETSO
etsahaletseng. O re: “Ke ’na ea
Haeba u kile ua hlekeithatafalletsang lintho le ho feta.
fetsoa ka thobalano,
Ke lula ke nahana ka se ileng sa
iketsetse lethathamo
ˇ la
etsahala bosiung boo. Ke lakatsa
litemana tse ka u tseliˇ
eka nka be ke ile ka mo loantsa ka
sang. Li ka ’na tsa
matla ho feta kamoo ke entseng
akarelletsa Pesaleme ea
37:28; 46:1; 118:5-9; Likateng. ’Nete ke hore ha a qeta ho
ˇ
proverbia 17:17; le
ntlhaba, ke ne ke tsohile hoo ke
Bafilipi 4:6, 7.
neng ke sa khone ho etsa letho.
Ke ne ke sitoa ho etsa ntho leha e
ˇ
Nka it sireletsa joang ho batho ba hlekefetsang? 231
‘‘
Ho thata haholo ho bua ka tlhekefetso, empa ho
bua ke ntho e molemo ka ho fetisisa eo u ka e
etsang. Ho bua ka taba eo ho u thusa hore u
khaotse ho hlonama le ho u kokobetsa bohale
—Natalie
’me u boele u fumane matla.
’’
le efe, empa ke nahana hore ke ne ke lokela hore ebe ke entse ho
hong.”
Natalie le eena o ikutloa a le molato. O re: “Ke ne ke sa lokeˇ
la hore ebe ke tsepa batho hakaalo. Batsoali ba ka ba ne ba re behetse molao oa hore ’na le ausi oa ka, ha re le ka ntle re bapale hammoho, empa ha kea ka ka mamela. Kahoo, ke nka hore ke
ile ka fa moahelani eo monyetla oa hore a nkutloise bohloko. Se
ileng sa nketsahalla se ile sa ama ba lelapa leso, ’me ke nka hore
ke ’na ea ba baketseng masisa-pelo ao. Ke eona ntho e nthatafallang ka ho fetisisa.”
Haeba u ikutloa joaloka Annette kapa Natalie, u ka sebetsana
joang le boikutlo boo ba ho ba molato? Ntlha ea pele, leka ho hopola hore u betiloe, ha ua kopanela ketsong eo ka ho rata. Batho
ba bang ba bebofatsa taba ena, ba beha lebaka le kang, “bashanyana e tla lula e le bashanyana” le hore ke molato oa banana bao
hore ebe ba betiloe. Empa ha ho motho ea lokelang ho betoa.
¯ ¯
Haeba u bile lehlatsipa la ketso e joalo e soto, hase molato oa
hao!
Ke ’nete hore ho bonolo ho bala mantsoe a reng “hase molato oa hao”; empa ho ka ’na ha e-ba thata ho a lumela. Ba bang ba
ipipetsa ka se ba etsahaletseng ’me ba hlokofatsoa ke ho ikutloa ba le molato le ho ba le maikutlo a mang a nyahamisang.
¯
Empa ha u thola, seo se tsoela mang molemo—uena kapa motho ea u hlekefelitseng? E ka ba hantle hore u bue ka taba eo.
Ho Bua ka se U Etsahaletseng
Bibele e re bolella hore ha monna ea lokileng Jobo, a ne a
ˇ
aparetsoe ke mathata, o ile a re: “Ke tla bonahatsa ho tsoenyeha
ha ka ka ’na. Ke tla bua ka moea o utloileng bohloko!” (Jobo 10:1)
232 bacha baa botsa
ˇ
U tla rua molemo ha u etsa se tsoanang. Ho buisana le motsoalle
ˇ
eo u mo tsepang ka se u etsahaletseng, ho ka u thusa hore ha
nako e ntse e ea u amohele se etsahetseng ’me u imolohe maikutlong a sithabetsang.
Ha e le hantle, haeba u Mokreste, ke habohlokoa hore u buisane le moholo oa phutheho ka se u etsahaletseng. Mantsoe a
ˇ
tselisang a molisa ea lerato a ka u tiisetsa hore u mohlaseluoa, kahoo sebe se entsoeng ke motho e mong ha se u silafatse.
Ke seo Annette a ileng a se hlokomela. O re: “Ke ile ka buisana le
motsoalle e mong oa ka ea haufi,
’me a nkhothalletsa hore ke buisane le baholo ba ’maloa ba Bakreste phuthehong ea heso. Kea thaba
hore ebe ke ile ka etsa seo. Ba ile ba
buisana le ’na ka makhetlo a ’maloa ’me ba mpolella seo ke neng ke
Maikutlo ao u bang
le ’ona ka mor’a hore u
hlekefetsoe, a ka ’na a
e-ba boima haholo hore u
a jare u le mong. Ho
¯ ka ba
molemo hore u kope
motho e mong ho u thusa
seo ke rerang ho se etsa!
Ha ke ikutloa ke le molato ka se nketsahaletseng,
ke tla
ı .................................................................................................................................
.................................................................................................................................
Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka
tabeng ena ke
.................................................................................................................................
.................................................................................................................................
lokela ho se utloa—e leng hore se etsahetseng hase molato oa
ka. Ho hang e ne e se molato oa ka.”
Ha u bua ka se u etsahaletseng le ho bolela kamoo u ikutloang kateng, hoo ho ka u thusa hore u se ke ua lula u halefile
ebile u hloname. (Pesaleme ea 37:8) Ho ka ’na ha boela ha u thusa hore u ikutloe u imolohile, mohlomong ka lekhetlo la pele ka
mor’a lilemo tse ngata. Ke seo Natalie a ileng a se hlokomela, ka
mor’a hore a bolelle batsoali ba hae hore o hlekefelitsoe. O re: “Ba
ˇ
ile ba ntsehetsa. Ba nkhothalletsa hore ke bue ka taba eo, ’me seo
se ile sa nthusa hore ke se ke ka hlonama haholo le ho ikutloa ke
ˇ
tlallane ke bohale.” Natalie o ile a boela a tselisoa ke thapelo. O
re: “Ho buisana le Molimo ho ile ha nthusa, haholo-holo nakong
eo ke neng ke sa khone ho phetlela motho e mong sefuba. Ha ke
rapela, ke khona ho bua ka bolokolohi. Ke ikutloa ke le khotsong
ke bile ke e-na le khutso.”1
Le uena u ka hlokomela hore ho na le ‘nako ea ho fola.’ (Moeˇ
ˇ
klesia 3:3) Itsetlehe ka metsoalle e tla u tsehetsa, e kang baholo
ˇ
bao ho hlalosoang hore ba tsoana le “sebaka sa ho ipatela moea
le sebaka sa ho ipatela pula e nang ka sefefo.” (Esaia 32:2) Itlhokomele ’meleng le maikutlong. Phomola ka ho lekaneng. Haboˇ
ˇ
hlokoa le ho feta, tsepa Jehova, Molimo oa matseliso ’ohle, eo
ˇ
haufinyane a tla tlisa lefatse le lecha leo ho lona “baetsi ba bobe ba
ˇ
ˇ
tla felisoa, empa ba tsepang Jehova ke bona ba tla rua lefatse.”
—Pesaleme ea 37:9.
1 Ka linako tse ling, batho ba hlekefelitsoeng ba ba le bothata ba ho tepella maikutlo
haholo. Boemong bo joalo, ho ka ’na ha e-ba molemo hore u ee ngakeng. Ho fumana
boitsebiso bo eketsehileng mabapi le kamoo u ka sebetsanang le maikutlo a sithabetsang kateng, sheba Khaolo ea 13 le ea 14 bukeng ena.
U NAHANA’NG KA SEE?
˘ Melemo ea hore u bue ka tlhekefetso ke efe?
˘ Ke’ng
¯ se ka u etsahallang hammoho le ba bang haeba
u thola ka taba eo?
234 bacha baa botsa
4
ˇ
HO KOPANELA LIPHATE, BOITSOARO LE LERATO
lintlha tsa botho
Ngola melao-motheo e meraro eo u ikemiselitseng ho phela ka
eona. Ngola leˇ lebaka leo u lumelang hore molao-motheo ka
mong o bontsa bohlale.1
ı 1.
2.
3.
1 Ka mohlala, “Nke ke ka kopanela liphate pele ho lenyalo, ’me ke lumela hore seo se
molemo ka ho fetisisa hobane . . . ” Netefatsa hore lintho tseo u li ngolang ke melao-moˇ
theo ea boitsoaro eo u e lumelang ka tieo, eseng feela se lumeloang ke motho e mong.
235
5
HO ETSA LINTHO TSE KOTSI
237 Ho Tsuba
246 Joala
252 Lithethefatsi
33
Ke’ng seo ke lokelang ho
se tseba ka ho tsuba?
Sheba lintlha tse latelang
tseo u ka khethang ho ı
Ke bohelehele
ˇ
tsona, ’me u tsoaee O
O Ke imetsoe kelellong
lebokoseng leo u nkang hore O Ke batla ho amoheloa ke lithaka
ˇ
le hlalosa seo u leng sona. O Ke tsoenyehile
ka boima ba ’mele
237
ˇ
HAEBA u tsoaile ntlha leha e le efe mabokoseng a leqepheng la 237,
ˇ
seo se bontsa hore u ikutloa joaloka lithaka tsa hao tse tsubang, kapa
tse kileng tsa nahana ka hona.1 Ka mohlala:
Ho khotsofatsa bohelehele. “Ke ne ke ipotsa hore na ho tsuba ho
joang, kahoo ke ile ka nka sakerete ho ngoanana e mong sekolong
eaba kea ikutsoa ’me kea e tsuba.”—Tracy.
Ho sebetsana le ho imeloa kelellong le ho batla ho amoheloa
ke lithaka. “Bana ba bang sekolong ba ne ba ee ba re, ‘Ke batla ho tsuba,’ ebe ka mor’a moo ba re, ‘Ha ba ha re etlo!’ Ke tsela eo ke neng ke
batla ho ikutloa ka eona ha ke imetsoe kelellong.”—Nikki.
Ho theola boima ba ’mele. “Banana ba bang baa tsuba e le hore
ba lule ba le basesaane—ho bonolo ho feta ho itima lijo!”—Samantha.
Empa pele u hotetsa sakerete ea hao ea pele—kapa e latelang—ak’u eme ho se hokae ’me u nahane. U se ke ua etsisa tlhapi e
ikisang hakising. Ke ’nete hore tlhapi eo e ka ’na ea fumana moputso o
seng mokae, empa seo se etsa hore e qetelle e shoele! Ho e-na le hoo,
latela keletso ea Bibele ’me u sebelise ‘matla a hao a hlakileng a ho nahana.’ (2 Petrose 3:1) Araba lipotso tse latelang.
Ha e le Hantle Ke’ng Seo U se Tsebang ka ho Tsuba?
ˇ
Tsoaea ’nete kapa bohata polelong ka ’ngoe.
a. Ho tsuba ho tla mphokoletsa ı
ho imeloa kelellong. O ’Nete
ˇ
b. Ha ke ntse ke hema ke tla ntsa hoo e
batlang e le mosi oohle oo ke o hutseng. O ’Nete
c. Ho tsuba ho tla qala ho nkulisa
ha ke se ke le moholo. O ’Nete
d. Ha ke tsuba ke tla khahla batho
ba bong bo fapaneng. O ’Nete
ˇ
e. Ha ke tsuba ke int
ˇ sa kotsi ke le ’Nete
mong, ha ke ntse ba bang kotsi. O
f. Molimo ha a tsotelle hore
na kea tsuba kapa che. O ’Nete
O Bohata
O Bohata
O Bohata
O Bohata
O Bohata
O Bohata
1 Le hoja khaolong ena ho buuoa ka batho ba tsubang lisakerete, mathata le likotsi
tse hlalositsoeng li ama le batho ba hlafunang koae.
238 bacha baa botsa
ˇ
Joaloka tlhapi e tsoasoang ke
hakisi, motho ea tsubang o
fumana moputso o itseng,
empa o lefella seo habohloko
Likarabo
a. Bohata. Le hoja ho tsuba ho kokobetsa ka nakoana maˇ
tsoao a khatello a bang teng ha motho a khaotsa ho tsuba, bo-rasaense ba hlokometse hore ha e le hantle bokoali bo eketsa lihomone tse bakang ho imeloa kelellong.
ˇ
b. Bohata. Liphuputso li bontsa hore karolo e fetang 80 lekholong ea mosi oo u o hulang e sala lithong tse ka hare tsa ’mele.
c. Bohata. Le hoja likotsi li eketseha nako le nako ha u tsuba,
ho na le lintho tse seng kae tse etsahalang hang-hang. Batho ba
bang ba lemalla ho tsuba ka mor’a ho tsuba sakerete e le ’ngoe feeˇ
la. Matsoafo a hao a tla fokola ’me u ka ’na ua lula u khohlela. Letlalo la hao le tla soebana haholo, le hona pele ho nako. Ho tsuba
ˇ
ho ka etsa hore litho tsa botona kapa tsa botsehali li se ke tsa seˇ
betsa hantle, motho a tsohe ka tsela e sa laoleheng a be a sithabele maikutlo.
d. Bohata. Mofuputsi Lloyd
NA U NE U TSEBA . . .
Johnston o fumane hore bacha ba
ˇ
tsubang “ha ba khahle batho ba baKoae e sa ntseng mosi
ngata ba bong bo fapaneng.”
—eˇ kang e hlafunoang—e
ntsa bokoali bo
e. Bohata. Mosi oa koae o heˇ bongata
ho feta bo ntsoang ke lingoang ke batho ba bang o bolaea
sakerete ’me e na le
ba likete selemo le selemo; o tla
metsoako e ka bang 25 e
ˇ
ntsa ba lelapa leno kotsi, metsoabakang kankere, e leng
lle ea hao esita le liphoofolo tseo u
se behang motho ea e¯ se¯
belisang
li ruileng lapeng.
ˇ kotsing e kholo
ea ho tsoaroa ke kankere
f. Bohata. Ba batlang ho khaea ’metso le ea molomo.
hlisa Molimo ba lokela ho itlhoeˇ
kisa “lit sila tsohle tsa nama.”
?
Ke’ng seo ke lokelang ho se tseba ka ho tsuba? 239
‘‘
Ha motho a mpha sakerete, kea bososela ebe ke
ˇ
re, ‘Kea leboha, ’na ha ke batle ho tsoaroa ke
kankere.’
—Alana
’’
(2 Bakorinthe 7:1) Ha ho pelaelo hore ho tsuba ho silafatsa ’mele.
ˇ
ˇ
Haeba u khetha ho se hloeke ’me u intsa kotsi ebile u ntsa ba bang
kotsi ka ho tsuba, u ke ke ua ba motsoalle oa Molimo.—Matheu
22:39; Bagalata 5:19-21.
Kamoo U ka Hanang ho Tsuba Kateng
Joale u tla etsa’ng haeba motho e mong a u fa sakerete? Hangata ho araba ka tsela e bonolo empa u tiile, mohlomong u re,
“Kea leboha, ha ke tsube,” ho tla hlakisa taba. Haeba motho eo a u
qophella kapa a u soma, hopola hore ke seo u khethileng ho se
etsa. U ka ’na ua re:
˘ “Ke ithutile hore ho tsuba ho kotsi ’me ke entse qeto ea hore
ke se ke ka tsuba.”
˘ “Ho na le lintho tsa bohlokoa tseo ke batlang ho li etsa naˇ
kong e tlang tse hlokang hore matsoafo a ka a be a sebetsa hantle.”
˘ “Athe joale ha u batle ha ke sebelisa tokelo ea ka ea ho ikhethela seo ke se batlang?”
Empa joaloka bacha ba qotsitsoeng pejana khaolong ena, u ka
’na ua fumana hore ntho e u bakelang khatello e matla ke hore ke
ˇ
uena ea lakatsang ho tsuba. Haeba ho joalo, loantsa bothata boo
ka hore u nahane ka lipotso tse kang tsena:
˘ ‘Na ho tsuba ho tla ntsoela molemo? Ka mohlala, haeba ke
khetha ho tsuba hobane feela ke batla hore ba bang ba nkamohele, na seo se tla etsa hore ba nkamohele le hoja re sa thahaselle liˇ
ntho tse ngata tse tsoanang? Na ke batla ho amoheloa ke batho ba
thabelang ho mpona ke etsa ntho e tla nkulisa?’
ˇ
˘ ‘Ho tsuba ho tla ntsenyetsa chelete e kae, ho mpakele maloetse a makae le ho ntheola seriti hakae bathong ba bang?’
˘ ‘Na ke ikemiselitse ho senya kamano ea ka le Molimo ka lebaka la ho tsuba feela?’
240 bacha baa botsa
na matekoane a hlile a kotsi?
Ellen ea lulang Ireland o re: “Batho ba bang
ba re ho tsuba matekoane ke tsela ea ho itebatsa mathata ebile ha ho kotsi.” Na u kile ua utloa
batho ba bua joalo ka matekoane? Bapisa likhopolo-taba tseo batho ba bangata ba nang le tsona
le seo e leng ’nete.
Khopolo-taba. Matekoane ha a kotsi.
’Nete. Lintho tseo ho tsejoang kapa ho nahanoang hore
matekoane a li etsa bathong ka nako e telele ke tse latelang: a
senya kelello, a sitisa motho ho ithuta, a fokolisa tsamaiso ea
ˇ
’mele ea ho itsireletsa mafung, esita le ho fokolisa tsela eo liˇ
tho tsa botona kapa tsa botsehali li sebetsang ka eona. A ka
ˇ
etsa hore motho a tsohe ka tsela e sa laoleheng, a ferekane a
`
be a lahleheloe ke kelello. Bana bao bo-’me ba bona ba neng
ˇ
ba tsuba matekoane ha ba imme ba ka ’na ba itsoara ka tsela
e sa tloaelehang, ba sitoa ho mamela ka hloko, ’me ba thatafalloa ho etsa liqeto.
Khopolo-taba. Mosi oa matekoane ha o kotsi joaloka oa
sakerete.
’Nete. Mosi oa matekoane o siea bokoali bo bongata
ˇ
matsoafong ho feta mefuta e meng ea koae ka makhetlo a
mane ’me o kenya khase e kotsi ea carbon monoxide maling ho
feta mefuta e meng ka makhetlo a mahlano. Ho tsuba lizolo
ˇ
tse hlano tsa matekoane ho ntsa lik’hemik’hale tse kotsi tse
ˇ
bakang kankere, tse lekanang le tse ntsoang ke pakete e feletseng ea lisakerete.
Khopolo-taba. Motho a ke ke a lemalla matekoane.
’Nete. Bacha ba nang le mathata kelellong le maikutlong
ba ka a lemalla habonolo. Ba bang ba ka a lemalla ka mor’a
hore ba qete nako e telele ba a tsuba. Ho phaella moo, liphupuˇ
tso li bontsa hore bacha ba tsubang matekoane ba kotsing e
¯ ¯
kholo ea ho sebelisa lithethefatsi tse ling tse lemalloang, tse
kang k’hok’heine.
Ke’ng seo ke lokelang ho se tseba ka ho tsuba? 241
KELETSO
Qoba ho ipehela
mabaka a kang, ‘Ke tla
hula hanngoe feela.’
Hangata seo se etsa hore
motho a boele a tsube.
—Jeremia 17:9.
Empa u ka etsa’ng haeba u se
u lemaletse ho tsuba? U ka etsa’ng
hore u khaotse?
Seo U ka se Etsang ho Khaotsa
1. Ikemisetse. Ngola mabaka
ao ka ’ona u batlang ho khaotsa ho
tsuba, ’me u lule u ikhopotsa ’ona.
Ntho e ka u susumetsang haholo
ke haeba u lakatsa ho ba ea hloekileng ka pel’a Molimo.—Baroma 12:1; Baefese 4:17-19.
¯
2. Kopa thuso. Haeba u ’nile ua tsuba ka ho ikutsoa, joale ke
nako ea hore u bolelle ba bang. Bolella batho bao u neng u ba pa¯
tetse hore ua tsuba, hore joale u batla ho khaotsa, ’me u ba kope
ˇ
hore ba u tsehetse. Haeba u batla ho sebeletsa Molimo, rapela hore
a u thuse.—1 Johanne 5:14.
3. Ipehele letsatsi. Iphe libeke tse peli kapa matsatsi a ka tlaaˇ
senyana ho moo, ’me k’halendareng u tsoaee letsatsi leo u ikemiselitseng ho khaotsa ho tsuba ka lona. Bolella ba lelapa le metsoalle hore u khaotsa ho tsuba ka letsatsi leo.
4. Li batle ’me u li lahle. Pele letsatsi leo le fihla, batla ka hloko lisakerete tse ka tlung, ka koloing esita le tse liaparong tsa hao.
Li lahle. Lahla lintho tse hotetsang koae, mollo le literei tsa molora
oa koae.
seo ke rerang ho se etsa!
Haeba ngoana e mong sekolong a nqobella ho tsuba,
ke tla
ı ..........................................................................................................................
..........................................................................................................................
Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka
tabeng ena ke
..........................................................................................................................
..........................................................................................................................
=
‘A re qobeng
lintho tsohle tse silafatsang ’mele
¯
ea rona.’—2 Bakorinthe 7:1, Contemporary English Version.
˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙
ˇ
5. Sebetsana le matsoao a bang teng ha u khaotsa ho tsuba. Noa juse kapa metsi a mangata, ’me u iphe nako e eketsehileng ea ho robala. Hopola hore boemo boo bo sa thabiseng ke ba
nakoana feela, empa melemo eo u tla e fumana eona ke ea nako e
telele!
6. Qoba lintho tse ka u lakalisang ho tsuba. Qoba libaka le
maemo a ka etsang hore u batle ho tsuba. Hape ho ka ’na ha hlokahala hore u khaole maqhama le batho ba tsubang bao u ba tloaetseng.—Liproverbia 13:20.
U se ke Ua Thetsoa
Selemo le selemo, lik’hamphani tse rekisang koae li sebelisa lidolara tse libilione ho e bapatsa. Li batla ho rekisetsa bo-mang ka
ho khetheha? Tokomane ea k’hamphani e ’ngoe e rekisang koae e
re: “Bacha ba kajeno ke bona bao e tla ba bareki ba kamehla ba nakong e tlang.”
U se ke ua fa barekisi ba koae chelete ea hao. Ke hobane’ng ha
ˇ
u ka itumella hore ba u tsoase? Hase hore barekisi bao le bacha ba
tsubang ba u batlela se molemo bophelong. Ho e-na le ho ba mamela, mamela keletso ea Bibele ’me u ithute ho ‘itsoela molemo.’
—Esaia 48:17.
Na metsoalle ea hao e u hatella hore
u noe? Bala hore na ke hobane’ng ha u lokela ho tseba meeli
ea hao.
KHAOLONG E LATELANG
U NAHANA’NG KA SEE?
˘ Le hoja u tseba hore ho tsuba ho kotsi, ke hobane’ng
ha u ka ’na ua lekeha hore u tsube?
˘ Ke’ng e u kholisitseng hore ho tsuba ho fosahetse?
Ke’ng seo ke lokelang ho se tseba ka ho tsuba? 243
seo koae e se etsang ’meleng oa hao
ˇ
ˇ
Ak’u shebe litsoantso tsa batho ba phetseng hantle ba
hlahang lipapatsong tsa koae, ’me u li bapise le seo ho
tsuba ho hlileng ho se etsang ’meleng oa hao.
Molomo le ’metso
Ho ka baka kankere
molomong le ’metsong
Leleme le nang le kankere
Pelo Ho thatafatsa le ho sesefatsa
methapo ea pelo, e leng se sitisang
pelo ho fumana oksijene e lekaneng
’me seo se eketsa ka makhetlo a ka
bang mane
ˇ monyetla oa hore
motho a tsoaroe ke lefu la pelo
Mothapo o koalehileng
ˇ
Matsoafo
Ho senya
ˇ
matsoafo, ho ruruisa
qoqotho ’me ho eketsa
monyetla
oa hore motho
ˇ
a tsoaroe
ˇ ke kankere ea
matsoafo ka makhetlo
a ka bang 23
ˇ
Letsoafo la motho ea tsubang
244
Boko Ho eketsa ka
makhetlo a ka bang
mane monyetlaˇ oa
hore motho a tsoaroe ke setorouku
Letlalo Ho etsa
hore letlalo le soebane pele ho nako
Meno Ho fetola
’mala oa meno
Liphio Ho
baka kankere ea liphio
Mala Ho baka kankere ea mala
Manyeme Ho baka kankere ea
manyeme
Senya Ho baka kankere ea senya
34
Ke’ng e phoso ka ho
itlopa joala?
U ne u ka araba lipotso tsee tse latelang joang?
ˇ
ˇ
Tsoaea lebokoseng le bontsang karabo ea hao.
Na bacha ba bang ba noa joala kapa
ba itlopa bona le hoja ba le ka tlaase ı
ho lilemo tse lumeletsoeng ka molao? O E O Che
Na lithaka tsa hao li kile tsa u hatella
hore u noe joala? O E O Che
Na u kile ua itlopa joala? O E O Che
HO ITLOPA joala ke eng? Ba bang ba re ke ha motho a noella
ˇ
hore feela a tahoe. Tlaleho ea Mokhatlo oa United States oa Tsebeliso e Mpe ea Joala le Bokhoba ba Tahi e lekile ho hlalosa taba
ena ka tsela e tobileng le ho feta. E boletse hore ho itlopa joala “ka
tloaelo ho hlalosoa e le ha banna ba noa libotlolo tse hlano kapa
`
ho feta ka nako e le ’ngoe, ’me basali bona ba noa libotlolo tse ’ne
kapa ho feta.”
Haeba u ’nile ua lekeha hore u noe haholo kapa u noe le hoja
u le ka tlaase ho lilemo tse lumeletsoeng ka molao, ha u mong.
Bacha ba bangata ba sebelisa joala hampe.1 Empa ak’u ipotse,
‘Ha e le hantle, ke hobane’ng ha ke batla ho noa joala, hona ho tla
nkama joang?’ Ka mohlala, u ne u ka araba lipotso tse latelang,
ˇ
ˇ
tsa ’nete kapa bohata joang? Tsoaea lebokoseng le bontsang
karabo ea hao, u ntan’o hlahloba lintlha tse amehang.
a. Bacha ba noa hobane feela ba rata ı
tsela eo joala bo latsoehang ka eona. O ’Nete O Bohata
b. Kaha bacha ba sa le matla
ebile ba phetse hantle ’meleng, ho
sebelisa joala hampe ha ho ba ame
joaloka batho ba baholo. O ’Nete O Bohata
c. Ho itlopa joala ho ke ke ha u bolaea. O ’Nete O Bohata
d. Bibele e nyatsa joala ka litsela tsohle. O ’Nete O Bohata
e. Ho itlopa joala ho fella feela
ka hore ho kulise motho. O ’Nete O Bohata
a. Bacha ba noa hobane feela ba rata tsela eo joala bo latsoehang ka eona. Karabo—Bohata. Phuputsong e ’ngoe e
entsoeng Australia e le ho hlokomelisa batho ka joala, bacha ba
etsang karolo ea 36 lekholong bao ho buisanoeng le bona ba boletse hore lebaka le ka sehloohong leo ba noang ka lona, ke hore
e se ke ea e-ba mekhelo ha ba le boithabisong. Phuputsong e
entsoeng United States, ba etsang karolo ea 66 lekholong ba boletse hore ba noa ka lebaka la khatello ea lithaka. Empa ba fetang
1 Sheba lebokose le reng “Ke Bo-mang ba Itlopang Joala?” leqepheng la 249.
Ke’ng e phoso ka ho itlopa joala? 247
=
“Letahoa le . . . tla futsaneha.”
—Liproverbia 23:21.
˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙
halofo ho bona ba boletse hore ba noa hobane ba leka ho itebatsa
mathata.
b. Kaha bacha ba sa le matla ebile ba phetse hantle ’meleng, ho sebelisa joala hampe ha ho ba ame joaloka batho ba
baholo. Karabo—Bohata. Sehlooho se seng se makasineng ea
ˇ
Discover se re: “Phuputso ea morao tjena e bontsa hore bacha ba
noang ba ipeha kotsing.” Hobane’ng? “Bacha ba noang ho feta tekano e ka ’na eaba ba senya matla a bona a kelello.”
Ho lemalla joala ho boetse ho amahanngoa le ho mpefatsa
mathata a letlalo, ho soebana letlalo motho a sa le monyenyane,
ho nona, ho sitoa ho etsa lintho ha motho a sa noa le ho lemalla
lithethefatsi. Ho ka boetse ha senya tsamaiso ea methapo ea kutlo, sebete le pelo.
c. Ho itlopa joala ho ke ke ha u bolaea. Karabo—Bohata.
Ho noa joala ho feta tekano ho sitisa oksijene ho ea bokong; litho
ˇ
tse ka hare tsa ’mele li ka khaotsa ho sebetsa. Matsoao a seo a
ka ’na a akarelletsa ho hlatsa, ho
akheha le ho hema ka thata. MaeNA U NE U TSEBA . . .
mong a mang motho a ka shoa.
Ho ea ka phuputso e
d. Bibele e nyatsa joala ka
’ngoe e entsoeng United
litsela
tsohle. Karabo—BohaStates, “bana ba itlopang
ta. Hase hore Bibele e hanela bajoala khafetsa ba ka ’na
tho ho noa joala ebile ha e hanele
ba lofa sekolo, ba salla
morao ka mosebetsi oa
bacha ho ithabisa. (Pesaleme ea
sekolo, ba lemala le ho
104:15; Moeklesia 10:19) Ho hlasenya thepa, ’me ba na le
kile hore u lokela ho ba lilemong
monyetla oa hore ba etse
tse lumeletsoeng ka molao.—Baseo ka makhetlo a robeli
roma 13:1.
ho feta bana ba sa itlopeng joala.”
Leha ho le joalo, Bibele e lemosa batho hore ba se ke ba noa
ho feta tekano. Liproverbia 20:1 e
?
248 bacha baa botsa
ke bo-mang ba itlopang joala?
Ho ea ka phuputso e ’ngoe e entsoeng ho bana ba sekolo sa
sekondari Engelane, Scotland le Wales, hoo e ka bang kotara ea
bana ba lilemo li 13 le 14 “ba boletse hore ba kile ‘ba noa’ bonyane libotlolo tse hlano tsa joala ka nako e le ’ngoe.” Hoo e batlang e le halofo ea bana ba lilemo li 15 le 16 bao ho buisanoeng
le bona phuputsong eo, ba boletse hore le bona ba entse se
ˇ
ˇ
tsoanang. Lefapha la Bophelo le Litsebeletso Tsa Sechaba, United States, le tlaleha hore “bacha ba ka bang limilione tse 10,4,
ba lilemo li 12 ho ea ho 20 ba noa joala. Har’a bona ba limilione
tse 5,1 ba itlopa joala ’me ba akarelletsa ba limilione tse 2,3 ba
noang haholo, bao bonyane ba itlopang joala ka makhetlo a maˇ
hlano ka khoeli.” Phuputso e entsoeng Australia e bontsa hore
banana ba bangata naheng eo, ba itlopa joala ho feta bashanyana—ba noa libotlolo tse 13 ho isa ho tse 30 ka nako e le ’ngoe!
re: “Veine ke mosomi, joala bo tahang bo morusu, ’me e mong le
e mong ea khelosoang ke bona ha a bohlale.” Joala bo ka u etsisa
lintho tse tsoileng tseleng! Ke ’nete hore bo ka ’na ba u thabisa ka
nakoana, empa ha u bo noa ho feta tekano bo tla u “loma feela joaloka noha,” bo u bakele mathata a mangata.—Liproverbia
23:32.
e. Ho itlopa joala ho fella feela ka hore ho kulise motho. Karabo—Bohata. Ha u taKELETSO
hoa, u ipeha kotsing ea ho hlaseloa ka litsela tse ngata—esita le
ˇ
Hlalosa hore na ke
ho betoa. Ka nako e tsoanang, u
hobane’ng ha u batla ho
ka ’na ua beha ba bang kotsing, ua
noa. Ebe u leka ho
ˇ
¯
itsoara ka tsela e fapaneng hole le
nahana ka lintho tse ling
seo u leng sona. Bibele e lemotse molemo tseo u ka li
etsang ho ithabisa kapa
sa hore haeba u noa ho feta tekahoˇ theola maikutlo ha u
no, “u tla sitoa ho nahana kapa
tsoenyehile.
ho bua ka tsela e hlakileng.” (Liproverbia 23:33, Today’s English
Ke’ng e phoso ka ho itlopa joala? 249
‘‘
Ha bana bao ke kenang sekolo le bona
ba mpha joala, kea ba bolella hore ha
ho hlokahale hore ke noe e le hore ke
ithabise.
—Mark
’’
Version) Ka mantsoe a mang, u tla iketsa sephoqo! Liphello tse
ling tse bohloko li ka ’na tsa akarelletsa ho senya setsoalle, ho se¯
betsa hampe sekolong le mosebetsing, ho ba le tlaleho ea tlolo ea
molao le ho ipitsetsa bofuma.—Liproverbia 23:21.
Habohlokoa le ho feta, nahana kamoo ho noa ho feta tekano
ho ka senyang kamano ea hao le Jehova kateng. Jehova Molimo
o batla hore u mo sebeletse ka “kelello ea hao eohle”—eseng ka
kelello e sentsoeng ho sa hlokahale ke ho noa joala ho feta tekano. (Matheu 22:37) Lentsoe la Molimo ha le nyatse feela ‘ho fe¯
tella ka veine’ empa le nyatsa le ‘litlholisano tsa ho noa.’ (1 Petro¯
se 4:3) Kahoo, ho itlopa joala ho khahlanong le thato ea ’Mopi oa
¯
rona ebile ho tla u sitisa ho ba le kamano e haufi le Molimo.
U Tla Khetha ho Etsa’ng?
Na u tla latela feela lithaka tsa hao tse sebelisang joala hampe? Bibele e re: “Na ha le tsebe hore haeba le tsoela pele ho
itlhahisa ho mang kapa mang le le makhoba ho mo mamela, le
makhoba a hae hobane lea mo mamela?” (Baroma 6:16) Na u hlile u batla ho ba lekhoba la lithaka tsa hao kapa la joala?
seo ke rerang ho se etsa!
Haeba lithaka tsa ka li batla hore ke sebelise joala hampe le tsona,
ke tla re
ı ..........................................................................................................................
..........................................................................................................................
Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka
tabeng ena ke
..........................................................................................................................
..........................................................................................................................
Joala bo ka u loma
joaloka noha
U lokela ho etsa’ng haeba u se u lemaletse ho itlopa joala?
¯
Kopa thuso hang-hang ka hore u buisane le motsoali oa hao kapa
¯
motsoalle ea holileng tsebong. Buisana le Jehova Molimo ka tha¯
pelo, u mo kope hore a u thuse. Etsoe ke “thuso e fumanoang
hang-hang nakong ea mahlomola.” (Pesaleme ea 46:1) Kaha hangata ho itlopa joala le ho noa u le ka tlaase ho lilemo tse lumeletsoeng ka molao ho bakoa ke khatello ea lithaka, ho ka ’na ha hlo¯ ¯
kahala hore u etse liphetoho tse kholo ha u khetha metsoalle.1
Ho ke ke ha e-ba bonolo ho etsa liphetoho tse joalo, empa Jehova a ka u thusa hore u atlehe.
1 Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, sheba Khaolo ea 8 le ea 9 bukeng ena le
Khaolo ea 15, Bukeng ea 2.
¯
U ka hlola bothata ba ho lemalla
lithethefatsi. Ithute kamoo u ka etsang seo kateng.
KHAOLONG E LATELANG
U NAHANA’NG KA SEE?
˘ Ke hobane’ng ha lithaka tsa hao li batla hore ba bang
ba kopanele le tsona ha li itlopa joala?
˘ Na ho itlopa joala ho tla etsa hore u khahle batho ba
bong bo fapaneng, hona ke hobane’ng ha u araba joalo?
Ke’ng e phoso ka ho itlopa joala? 251
35
Nka etsa’ng hore
ke khaotse ho sebelisa
lithethefatsi?
NA U lemaletse lithethefatsi? E ka ’na eaba ua tseba hore ho li lemalla ho senya kelello le ’mele. Mohlomong u ’nile ua leka ho khaotsa
ho li sebelisa empa ua khutlela mokhoeng oo. Haeba ho joalo, u se
¯
ke ua nyahama. Batho ba bang ba khonne ho hlola temallo ea lithethefatsi, kahoo le uena u ka khona! Ka mohlala, nahana ka seo ba¯
ˇ
tho ba bararo ba hotseng ka litsela tse sa tsoaneng ba se buang mabapi le hore na ba entse’ng hore ba khaotse ho li sebelisa.
Marta
LEBITSO
¯
`
TSELA EO KE HOTSENG KA EONA ’Me o bile le ’na a sa nyaloa, kahoo
¯
’na le ngoan’eso re hotse re se na ntate. Ha ke le lilemo li ka bang 12,
ke ile ka qala ho tsamaea disco le ’Mangoane, ea neng a rata ho taˇ
ntsa. Ke ne ke le motho ea botsoalle, ’me ka mor’a nakoana ke ile ka
tloaelana le batho ba mekhoa e mebe. Ke ile ka qala ho sebelisa lithethefatsi ha ke le lilemo li 13. Ka qala ho sebelisa le k’hok’heine.
Qalong, ke ne ke thabela ho e sebelisa. Empa ka mor’a nakoana, ke
ˇ
ile ka qala ho ba le lipono le ho tsoha ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Ha lithethefatsi li tsoa ’meleng, ke ne ke tleloa ke monahano oa ho ipolaea. Ke ne ke batla ho khaotsa ho li sebelisa empa
ke se na boikemisetso bo matla.
KAMOO KE ILENG KA KHAOTSA HO LI SEBELISA Ke ile ka qala ho nahana ka Molimo ka
ba ka ea kerekeng ka makhetlo a seng
makae. Empa ke ile ka ikutloa ke nyahame le ho feta. Ha ke le lilemo li 18, ke ile
ka lula le mohlankana oa ka ’me ka ba
le ngoana. Ho ba le mora ho ile ha etsa
hore ke be le takatso e matla le
ho feta ea ho fetola tsela eo
ke phelang ka eona. Motho e
252
‘‘
Kaha ke phela ka melao e phahameng ea Bibele,
hona joale ke thabile ebile ke na le morero
bophelong.
—Marta
’’
mong eo e neng e kile ea e-ba motsoalle oa ka o ile a fallela ntlong e
¯
shebaneng le ea rona. O ile a nketela ’me a mpotsa hore na ke ntse
ˇ
ke ea joang. Ke ile ka mo tsollela pelo ea ka. O ile a mpolella hore e
se e le Paki ea Jehova ’me a re o lakatsa ho ithuta Bibele le ’na.
Ke ile ka lumela.
Ke ile ka hlokomela hore tsela eo ke phelang ka eona ha e khahlise Molimo ’me ke lokela ho khaotsa ho sebelisa lithethefatsi le ho
¯
tsuba. Empa ke ne ke se ke li lemaletse. Ke ne ke kopa Jehova Molimo ka makhetlo a ’maloa ka letsatsi hore a nthuse ke khaotse meˇ
khoa ea ka e litsila. Ke ne ke batla ho mo khahlisa. (Liproverbia 27:
ˇ
11) Ka mor’a ho qeta likhoeli tse tseletseng ke ithuta Bibele ke bile
ke kopanela le Lipaki Tsa Jehova, ke ile ka khona ho tlohela lithethefatsi. Hona joale ke na le morero bophelong. Ha ke sa lula ke tepeletse maikutlo nako ena kaofela. Ke ile ka kopana le mohlankana
¯
e mong ea khahlehang oa Mokreste, ea ileng a ’nyala. Ke holisitse
mora oa ka ka melao-motheo ea Bibele. Ke leboha haholo hore ebe
Jehova o ile a utloa lithapelo tsa ka ’me a nthusa!
LEBITSO
Marcio
¯
¯
¯
TSELA EO KE HOTSENG KA EONA Ke holetse mathokong a motse oa
´
˜
Santo Andre, o nang le baahi ba bangata haholo profinseng ea Sao
Paulo, Brazil. Ke qalile ho tsuba, ho sebelisa lithethefatsi le ho nkela
batho thepa ka likhoka ke sa le monyenyane. Metsoalle ea ka e ’maloa e ne e utsoa likoloi e bile e rekisa lithethefatsi.
E mong o ne a fa bacha ba motseng oa heso lithethefatsi mahala. Ha ba se ba li lemaletse, ba ne
ba tlameha ho li reka ho eena.
Mapolesa a ne a lula a patero¯
la sebakeng sa habo rona ’me ke
ˇ
¯
ile ka tsoareloa litlolo tse nyenyane tsa molao ka makhetlo a ’maloa. Ka lekhetlo le leng ke ile ka
ˇ
tsoaroa hobane ke ne ke belaelloa
ka hore ke rekisa lithethefatsi. Ke
ne ke atisa ho boloka thepa e utsoiHo sebelisa lithethefatsi¯
hampe ho ka fetola sebotsoeng le lithunya lapeng.
ˇ
peho sa boko le tsela eo
Batho ba ne ba ntsaba. Mahlo a
bo sebetsang ka eona.
ka a le mafubelu. Ho se mohla ke
bososelang. Ha e le hantle, sefahleho sa ka e ne eka ke sa ’molai. Ba˜
tho ba ne ba mpitsa “Tufao” (Leholiotsoana) kaha hohle moo ke
neng ke ea teng, ke ne ke baka moferefere. Ke ne ke boetse ke noa
ˇ
haholo ke bile ke phela ka boitsoaro bo hlephileng. Metsoalle ea ka
e mengata e ile ea shoa kapa ea qetella e le teronkong. Ke ne ke nyahame hoo ke ileng ka tlamella ropo lekaleng la sefate ’me ka leka ho
ipolaea.
KAMOO KE ILENG KA KHAOTSA HO SEBELISA LITHETHEFATSI Ke ile ka
¯
kopa Molimo hore a nthuse. Qetellong, ke ile ka kopana le Lipaki
Tsa Jehova eaba ke qala ho ithuta Bibele. Ke ile ka ithuta hore Molimo o na le lebitso, e leng Jehova le hore o tsotella batho ba lekang
ka matla ho phela ka melao ea hae ebile oa ba thusa. (Pesaleme ea
83:18; 1 Petrose 5:6, 7) Ke ne ke tlameha ho etsa liphetoho tse ngata. E ’ngoe eo ho ileng ha e-ba thata ka ho fetisisa hore ke e etse, ke
ho ithuta ho bososela.
¯
Ke ne ke lula ke kopa Jehova hore a nthuse ke bile ke sebelisa
keletso e fanoeng ka Bibeleng. Ka mohlala, ke ile ka khaotsa ho tsamaea le “metsoalle” ea ka ea pele ’me ka qoba ho ea libakeng tseo ho
rekisoang joala. Ho e-na le hoo, ke ile ka khetha ho tloaelana le batho ba phelang ka melao ea Bibele. Ho ne ho se
bonolo ho etsa seo, empa ha
ke sa utsoa le ho baka moferefere. Hona joale ke se ke
qetile lilemo tse fetang leshome ke sa sebelise lithethefatsi.
?
NA U NE U TSEBA . . .
Craig
LEBITSO
¯
TSELA EO KE H OTSENG KA
¯
EONA Ke h oletse polasing,
Australia Boroa. Ntate e ne e
le lekhoba la tahi ’me o ile a
254 bacha baa botsa
=
“Jehova ke matla a ka le bonatla ba ka.”
—Esaia 12:2.
˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙
`
`
arohana le ’Me ha ke le lilemo li robeli. ’Me o ile a nyaloa hape ’me ka
lula le eena ho fihlela ha ke le lilemo li 17. Selemong seo, ke ile ka
ithuta ho kuta linku ’me ka qala ho tsamaea le bakuti ba neng ba baˇ
tla mosebetsi libakeng tse sa tsoaneng. Ke ile ka qala ho sebelisa liˇ
thethefatsi tse sa tsoaneng le ho sebelisa joala hampe. Ke ne ke e-na
le moriri o molelele. Ke o tlotsa ka boka, ke o loha ke bile ke o kenya
¯
lifaha. Ke ne ke le mona, ke le tala ’me ke le bohale haholo. Ke ile ka
koalloa teronkong ka makhetlo a ’maloa.
Ke ile ka fallela torotsoaneng e ’ngoe e Australia Bophirimela,
’me ka lula le kharebe ea ka e neng e sebetsa moo ho rekisoang joala hoteleng ea moo. Re ne re tsuba
re bile re noa, ’me re itemela mateKELETSO
koane.
Haeba ho khoneha, qoba
KAMOO KE ILENG KA KHAOTSA HO
batho, libaka le lintho
SEBELISA LITHETHEFATSI Re ne re
tseo u neng u li etsa ha u
qeta ho kotula matekoane ha Lisa sebelisa lithethefatsi.
ˇ
paki Tsa Jehova li fihla ntlong ea
Liphuputso li bontsa hore
¯
ha motho a bona lintho
rona ea serutha. Ha kea ka ka lutseo, seo se ka mo
mela feela seo li se buang. Ho e-na
lakalisa lithethefatsi.
le hoo, ha nako e ntse e feta, ke
ile ka ipakela hore seo Bibele e se
seo ke rerang ho se etsa!
Haeba nka khutlela mokhoeng oo, ke tla
ı .................................................................................................................................
.................................................................................................................................
Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka
tabeng ena ke
.................................................................................................................................
.................................................................................................................................
¯
ˇ
Ho hlola temallo ho tsoana
le ho baleha ntlong e chang
—u tla siea lintho moo,
empa u tla ipholosa
bolelang ke ’nete. Eaba ka mor’a
moo, ke loana ka thata hore ha¯
nyane ka hanyane ke hlole mathata
a ka.
Ka mor’a nakoana, ke ile ka hlokomela hore ke lokela ho khaotsa ho
tsuba matekoane. Seo se ne se tla akarelletsa eng? Ke ne ke sebelitse ka thata ho a lema, kahoo qalong ke ile ka nahana hore ke fane
ka ’ona. Empa ke ile ka etsa qeto ea hore eo hase tharollo e molemo
kahoo ka a senya. Ho rapela ho ile ha nthusa haholo hore ke khao¯
tse ho sebelisa joala le lithethefatsi hampe. Ke ile ka kopa Molimo
ˇ
hore a nthuse ka moea oa hae ho loantsa mekhoa eo le hore ke e
¯
hlole. Ke ile ka boela ka khaotsa ho tloaelana le batho ba nkhothalletsang ho etsa lintho tseo tse mpe. Ha ke ntse ke ithuta seo Bibele
e se rutang le ho se sebelisa, ke ile ka ba le botsitso maikutlong, e
ˇ
leng seo ke neng ke se hloka hore ke loantse mefokolo ea ka. Kharebe ea ka le eona e ile ea ithuta Bibele ’me ea fetola tsela eo e neng
e phela ka eona. Re ile ra nyalana. Re se re qetile lilemo tse 21 re
¯
¯
iphelela hantle ’me hona joale re thabela ho holisa bana ba rona ba
ˇ
babeli. Kea tsoha ha ke nahana hore na bophelo ba ka bo ka be bo
bile joang hoja ebe Jehova ha aa ka a nthusa hore ke fetole tsela eo
ke neng ke phela ka eona.
U NAHANA’NG KA SEE?
˘ Ke hobane’ng ha ho ka ’na
¯ ¯ ha hlokahala hore motho
a etse liphetoho tse kholo bophelong haeba a batla ho
khaotsa ho sebelisa lithethefatsi?
˘ Ho ithuta seo e leng ’nete ka Molimo ho ka mo thusa
joang?
256 bacha baa botsa
5
HO ETSA LINTHO TSE KOTSI
lintlha tsa botho
Ngola mabaka ao ka ’ona u nahanang hore u ka ’na ua lekeha
hore u tsube, u itlope joala kapa u sebelise lithethefatsi.
ı
Hlalosa litsela tseo
ˇ ka tsona u ka ithabisang kapa ua theola
maikutlo ha u tsoenyehile, empa u sa etse lintho tse kotsi.
257
6
NAKO EA BOIKHATHOLLO
259 Mecha ea Phatlalatso ea Elektronike
265 Boithabiso
36
Na ke lemaletse
mecha ea
phatlalatso ea
elektronike?
“Ha ho ntho eo ke e ratang joaloka ho ngola melaetsa
ka selefouno! Ke nahana hore ke ntho e babatsehang
ka ho fetisisa. Ha e le hantle, ho ka ’na ha thoe ke
phelela hona.”—Alan.
HA BATSOALI ba hao ba sa le bacha, TV le seea-le-moea e ne e
le eona mecha e ka sehloohong ea phatlalatso ea elektronike. Ka
nako eo, lifono li ne li sebelisetsoa ho letsa feela ’me mohlomong
li kokoteletsoe leboteng. Na see se utloahala se siiloe ke nako?
Ngoanana e mong ea bitsoang Anna o nahana joalo. O re: “Ba¯
tsoali ba ka ba hotse nakong eo ka eona theknoloji e neng e e-s’o
tsoele pele. Ke hona ba qalang ho ithuta ho etsa lintho tse itseng
ka liselefouno tsa bona!”
Na ke lemaletse mecha ea phatlalatso ea elektronike? 259
Kajeno u khona ho araba fono, ho mamela ’mino, ho shebella
lenaneo le itseng, ho bapala papali e itseng, ho romela metsoaˇ
ˇ
lle melaetsa ea e-mail, ho nka litsoantso le ho sebelisa Inthanete
—tsena kaofela u li etsa ka sesebelisoa se fellang ka pokothong.
¯
Kaha u hotse ho e-na le lik’homphieutha, liselefouno, TV le Inthanete, u ka ’na ua nahana hore ha ho na phoso haeba u qeta nako e
ngata u li sebelisa. Empa batsoali ba hao ba ka ’na ba nahana hore
ˇ
u li lemaletse. Haeba ba u bolella hore ba tsoenyehile ka taba eo, u
se ke ua hlokomoloha seo ba se buang hobane u nka hore ba siiloe
ke nako. Morena Solomone ea bohlale o ile a re: “Ha mang kapa
mang a araba taba pele a e utloa, hoo ke booatla ho eena.”—Liproverbia 18:13.
ˇ
Na ua ipotsa hore na ke hobane’ng ha seo se ka ’na sa tsoenya
batsoali ba hao? Araba lipotso tse latelang ho bona hore na ha u na
ˇ
ˇ
matsoao a bontsang hore u lemaletse mecha e itseng ea phatlalatso ea elektronike.
Ipotse—‘Na ke e Lemaletse?’
Encyclopedia e ’ngoe e hlalosa ho lemalla ntho e le “ho tloaela
ho e etsa ka tsela e feteletseng, ’me motho ea e etsang a sa khone
kapa a sa ikemisetsa ho e tlohela, ho sa tsotellehe hore na liphello
li kotsi hakae.” Sheba lintlha tse ka tlaase tse nkiloeng tlhalosong
ena. Bala mantsoe a bacha ba qotsitsoeng ’me u bone haeba le
ˇ
uena u kile ua bua kapa ua etsa se tsoanang. Ebe u araba lipotso
tse ka tlaase mona.
Ho etsa ntho ka tsela e feteletseng. “Ke ne ke qeta lihora ke
bapala lipapali tsa elektronike. Li
ˇ
ne li ntsitisa ho robala ebile ke bua
NA U NE U TSEBA . . .
ka tsona nako ena kaofela. Ke ne
Batho ba ka ’nang ba u
ke ikarotse ho ba lelapa leso ’me ke
ˇ
hira le batho ba bang
baˇ
iphelela lefatseng la litoro la lipapaˇ
ka ’na ba bona litsoantso
li tseo ke li bapalang.”—Andrew.
tsa hao tseo u li kenyang
U nahana hore letsatsi
Inthaneteng kajeno kapa
lintho tseo u li ngolang
ka leng, bonyane u lokela ho qemoo, esita le ka mor’a
ta nako e kae u sebelisa mecha
lilemo tse ngata.
ea phatlalatso ea elektronike?
?
ı .....................
260 bacha baa botsa
=
ˇ
“U se ke ua ipona bohlale. Tsaba Jehova
’me u furalle bobe.”—Liproverbia 3:7.
˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙
Batsoali ba hao bona ba nahana hore u lokela ho qeta nako e
kae? ı ....................
Letsatsi ka leng u qeta nako e kae ka kakaretso u romela meˇ
ˇ
laetsa ka selefouno, u shebeletse TV, u nka litsoantso le boitsebiso
Inthaneteng, u bapala lipapali tsa elektronike le lintho tse ling tse
joalo? .....................
Ha u sheba likarabo tseo u li ngotseng ka holimo, na u ka re u
¯
sebelisa mecha ea phatlalatso ea elektronike ho tlola?
O E O Che
Ha u khone kapa ha ua ikemisetsa ho tlohela ntho eo. “Batsoali ba ka ba mpona ke romela melaetsa ka selefouno nako ena
kaofela ’me ba mpolella hore ke romela melaetsa e mengata haholo. Empa ha ke bapisa melaetsa eo ke e romelang le eo lithaka tsa
ka li e romelang, ea ka ea fokola. Leha ho le joalo, ha ke bapisa melaetsa eo ke e romelang le eo batsoali ba ka ba e romelang, ea ka e
ˇ
mengata. Empa seo se tsoana le ho bapisa oli le metsi—ba lilemo
li 40 ’me ’na ke lilemo li 15.”—Alan.
Na batsoali ba hao kapa metsoalle e re u qeta nako e ngata haholo u sebelisa mecha e itseng ea phatlalatso ea elektronike?
O E O Che
Na ha u khone kapa ha ua ikeKELETSO
misetsa ho laola tsela eo u e sebelisang ka eona? O E O Che
E le hore u laole tsela eo u
Liphello tse kotsi. “Metsoalle
sebelisang fono ka eona,
ea ka e lula e romela melaetsa ka
tsebisa metsoalle ea hao
hore u khethile hore ka liselefouno—esita le ha e khanna.
nako tse itseng, ha u na
Seo se kotsi hakaakang!”—Julie.
ho araba hang-hang me“Ha ke qala ho ba le selefoulaetsa ea selefouno, ea
no, ke ne ke lula ke founa kapa ke
e-mail, kapa batho ba u
ngolla motho ea itseng molaetsa.
founelang.
Ho ne ho se na ntho e ’ngoe eo ke
e etsang. ’Me seo se ile sa senya
Na ke lemaletse mecha ea phatlalatso ea elektronike? 261
‘‘
Ke ile ka thusoa ke lintho tse ’maloa hore
ke khaotse ho lemalla TV. Ke ile ka iqobella hore
ke lekanyetse nako eo ke e shebellang ka eona.
`
Ke ne ke lula ke bolella ’Me ka bothata bona. Ke
ne ke bile ke rapela khafetsa.
—Kathleen
’’
kamano ea ka le ba lelapa leso le metsoalle ea ka e meng. Ha ke
ˇ
intsitse le metsoalle ’me re ntse re bua, nako le nako e re: ‘Ak’u
ˇ
ntsoarele hanyane. Ke batla ho araba molaetsa ona oa selefouno.’
Lena ke le leng la mabaka ao ka ’ona re seng re se metsoalle e haufi.”—Shirley.
Na u ee u bale kapa u romele melaetsa ka selefouno ha u ntse
u khanna kapa u le ka tlelaseng, kapa u le libokeng tsa Bokreste?
ı O E O Che
Ha u ntse u qoqa le ba lelapa kapa metsoalle, na u lula u khaotsa moqoqo e le hore u arabe melaetsa ea e-mail, fono, kapa u ngole melaetsa? O E O Che
Na tsela eo u sebelisang mecha ea phatlalatso ea elektronike,
e u sitisa ho robala nako e lekaneng kapa ho ithuta? O E O Che
Na u bona ho hlokahala hore u etse liphetoho? Haeba ho joalo, nahana ka litlhahiso tse latelang.
Kamoo U ka e Sebelisang ka ho Leka-lekaneng
Haeba u sebelisa mocha o itseng oa phatlalatso oa elektronike—o kang k’homphieutha, selefouno kapa sesebelisoa se
`
seng—ipotse lipotso tse ’ne tse latelang. Ho sebelisa keletso e thehiloeng Bibeleng le ho etsa lintho tse seng kae tseo u lokelang ho li
etsa le ho qoba tseo u sa lokelang ho li etsa, ho tla u thusa hore u
lule u sireletsehile ’me u khone ho laola lintho.
˘ Ke fumana boitsebiso ba mofuta ofe moo? “Tlatsang mehopo¯
lo ea lona ka lintho tse molemo tse lokeloang ke thoriso: lintho tsa
ˇ
’nete, tse babatsehang, tse tsoanelehang, tse hloekileng, tse ratehang le tse hlomphehang.”—Bafilipi 4:8, Today’s English Version.
Seo u lokelang ho se etsa: buisana le metsoalle le ba lelapa, ’me u bue ka lintho tse hahang.—Liproverbia 25:25; Baefese
4:29.
262 bacha baa botsa
BALA
BALA HO
HO EKETSEHILENG
EKETSEHILENG KA
KA TABA
TABA ENA
ENA
BUKENG
BUKENG EA
EA 2,
2, KHAOLONG
KHAOLONG EA 30
Na u laola tsela eo u sebelisang thepa ea
elektronike ka eona kapa ea u laola?
Seo u sa lokelang ho se etsa: u se ke ua
jala lesebo le kotsi, ua romela melaetsa kapa liˇ
ˇ
ˇ
ˇ
tsoantso tsa boitsoaro bo litsila, kapa ua shebeˇ
lla livideo kapa mananeo a silafatsang boitsoaro.—Bakolose 3:5;
1 Petrose 4:15.
˘ Ke e sebelisa neng? “Ho na le nako e behiloeng bakeng sa ntho
e ’ngoe le e ’ngoe.”—Moeklesia 3:1.
Seo u lokelang ho se etsa: lekanyetsa hore na u tla qeta
nako e kae u founa kapa u founeloa, u ngola melaetsa ea selefouno, u shebelletse mananeo a itseng kapa u bapala lipapali tsa elektronike.
Seo u sa lokelang ho se etsa: u se ke ua lumella mecha ea
phatlalatso ea elektronike hore e kena-kenane le nako eo u rerileng ho e qeta u e-na le metsoalle le ba lelapa, u ithuta kapa u etsa
lintho tsa moea.—Baefese 5:15-17; Bafilipi 2:4.
seo ke rerang ho se etsa!
Haeba ke sitoa ho laola tsela eo ke sebelisang
ı............................................................. ka eona, ke tla etsa qeto
ea ho nka .................... feela ka beke ke e sebelisa.
Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba
ka tabeng ena ke
.................................................................................................................................
.................................................................................................................................
˘ Ke tloaelana le bo-mang? “Le se ke la thetsoa. Litloaelano tse
mpe li senya mekhoa e metle.”—1 Bakorinthe 15:33.
Seo u lokelang ho se etsa: sebelisa mecha ea phatlalatso ea
elektronike ho tiisa maqhama le batho ba u khothalletsang ho hlaolela mekhoa e metle.—Liproverbia 22:17.
Seo u sa lokelang ho se etsa: u se ke ua ithetsa—u tla
ˇ
itsoara, u bue le ho nahana joaloka batho bao u khethang ho
etsa setsoalle le bona ka e-mail, melaetsa ea selefouno, bao u ba
bonang thelevisheneng, livideong kapa Inthaneteng.—Liproverbia
13:20.
˘ Ke qeta nako e kae? “Nepisisa lintho tsa bohlokoa haholo.”
—Bafilipi 1:10.
Seo u lokelang ho se etsa: boloka tlaleho ea nako eo u e qetang u sebelisa mecha ea phatlalatso ea elektronike.
Seo u sa lokelang ho se etsa: u se ke ua hlokomoloha seo
metsoalle e u bolellang sona kapa seo batsoali ba reng u lokela ho
se etsa haeba ba bona hore u qeta nako e ngata haholo u sebelisa
mocha o itseng oa elektronike.—Liproverbia 26:12.
Ha a bua ka ho sebelisa mecha ea phatlalatso ea elektronike ka
tsela e leka-lekaneng, Andrew ea qotsitsoeng pejana o akaretsa
taba hantle ka ho re: “Ho monate ho sebelisa mecha ea phatlalatso
ea elektronike, empa ka nakoana feela. Ke ithutile hore ha kea lokela ho lumella theknoloji hore e nkarohanye le ba lelapa leso le
metsoalle.”
U ka etsa’ng ho kholisa batsoali ba
hao hore ba u lumelle ho ithabisa?
KHAOLONG E LATELANG
U NAHANA’NG KA SEE?
˘ Ke hobane’ng ha ho ka ’na ha e-ba thata ho lemoha
hore u lemaletse mecha ea phatlalatso ea elektronike?
˘ Ho ka ’na ha etsahala’ng haeba u sa laole tsela eo
u sebelisang mecha ea phatlalatso ea elektronike ka
eona?
264 bacha baa botsa
37
Ke hobane’ng
ha batsoali ba ka ba sa
ntumelle ho ithabisa?
Mocha e mong ea bitsoang Allison, ea lulang Australia o
sithabetsoa ke hore hoseng
ho hong le ho hong ka Mantaha
ˇ
ho etsahala ntho e tsoanang
sekolong.
O re: “E mong le e mong o bua ka seo a se entseng ka mafelo-beke. Bacha bao ba bua ka lintho tse utloahalang eka lia
thabisa, tse kang hore na ba ile liphathing tse kae le hore na
ba sunne bashanyana ba bakae—le kamoo ˇ ba ileng ba baleha
mapolesa kateng . . . Seo se utloahala se tsosa empa se thabisa! Ba fihla malapeng ka hora ea bohlano hoseng, ’me batsoali
ba bona ha ba tsotelle. Ke tlameha hore ke be ke robetse le
pele ba qalella boithabiso ba bona ba bosiu!
“Ka mor’a hore liithuti-’moho le ’na li mpolelle lintho tseo
li li entseng ka mafelo-beke, lia mpotsa hore na ’naˇ ke
entse’ng.
. . . Ke ile libokeng tsa Bokreste. Ka ea tsebeletsong
ˇ
ea tsimo.
Ruri ke utloa eka ke fetiloe ke monate. Kahoo, hangata ke re feela ha kea etsa letho. Ebe liithuti tseo lia mpotsa hore na ke hobane’ng ha ke ne ke sa tsamaee le tsona.
“Ha letsatsi la Mantaha le fetile, u tla nahana hore lintho
li tla tsamaea hantle. Empa ha ho be joalo. Ka Labobeli, e
mong le e mong o se a ntse a bua ka mafelo-beke a tlang! Ke
atisa ho itulela feela ebe kea ba mamela ha ba ntse ba bua. Ka
sebele ke ikutloa ke le mokhelo!”
ˇ
NA LE uena u etsahalloa ke ntho e tsoanang mehla ee ka Mantaha ha u le sekolong? U ka ’na ua utloa eka ho na le boithabiso bo bongata ka ntle, empa batsoali ba hao ba u koaletse ka
tlung—kapa eka u serapeng sa boikhathollo, empa ba u hanela
ho bapala. Hase hore u batla ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo
lithaka tsa hao li e etsang. Ke feela hore ka linako tse ling u batla ho ithabisa! Ka mohlala, u ka rata ho ithabisa ka ho etsa eng
mafelo-bekeng aa a tlang?
ˇ
ı O ho tantsa
O ho ea konsareteng ea ’mino
O ho ea phathing
O ho ea filiming
O ho etsa ntho e ’ngoe ...............................................................
¯
U hloka boithabiso. Ha e le hantle, ’Mopi oa hao o batla hore
u thabele bocha ba hao. (Moeklesia 3:1, 4) Le hoja ka linako tse
ling u ka ’na ua belaella seo, batsoali ba hao le bona ba batla hore
u ithabise. Leha ho le joalo, ka nepo batsoali ba hao ba ka ’na ba
ameha ka lintho tsena tse peli: (1) seo u tla beng u se etsa le
(2) batho bao u tla beng u tsamaea le bona.
Joale u lokela ho etsa’ng haeba metsoalle e u mema hore le
ee sebakeng se itseng, empa u sa tsebe hantle hore na batsoali
ba hao ba tla re’ng? Nahana ka lintho tse tharo tseo u ka khethang ho li etsa le liphello tsa seo.
¯
U KA KHETHA A HO SE BA KOPE—U ITSAMAELE FEELA
˝
Lebaka leo ka lona u ka ’nang ua khetha sena: U batla
ho khahla metsoalle ka ho e boˇ
ntsa hore uena u ikemetse. U naNA U NE U TSEBA . . .
hana hore u tseba haholo ho feta
Batsoali ba lerato ba
batsoali ba hao, kapa ha u hlotla leka ka matla ho u
mphe maikutlo a bona.—Liproqobisa maemo a ka ’nang
verbia 14:18.
a e-ba kotsi. Haeba ¯ ba sa
Liphello tsa seo: Metsoalle
utloisise seo u se kopang
kapa ba nka hore ho na le
ea hao e tla ithuta ho hong ka
lintlha tsa bohlokoa tse
uena—hore u motho ea bolotsahaellang ho sona, ba ka
na. Haeba u ka etsetsa batsoali
’na ba u hanela.
ba hao bolotsana, le metsoalle ea
hao u ka e etsetsa bolotsana. Ha
?
266 bacha baa botsa
=
“Mora oa ka, hlalefa ’me u thabise pelo
ea ka.”—Liproverbia 27:11.
˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙
batsoali ba hao ba utloa ka seo, ba tla utloa bohloko le ho soetseha, ’me ba ka ’na ba u behela lithibelo tse itseng! Ho se hlomphe
batsoali le ho itsamaela feela e tla be e le booatla.—Liproverbia
12:15.
¯
U KA KHETHA B HO SE BA KOPE—U ITULELE
˝
Lebaka leo ka lona u ka ’nang ua khetha sena: U nahana
ka memo eo ’me u etsa qeto ea hore lintho tse tla etsoa sebakeng
seo ha li lumellane le melao-motheo eo u phelang ka eona le
hore batho ba bang ba tla ba teng moo hase batho ba mekhoa e
metle. (1 Bakorinthe 15:33; Bafilipi 4:8) Ka lehlakoreng le leng,
ˇ
¯
e ka ’na eaba u batla ho ea, empa u tsaba ho kopa batsoali ba
hao.
Liphello tsa seo: Haeba u sa ee hobane u tseba hore ho tla
ba kotsi ho etsa joalo, u tla ba sebete haholoanyane ha u araba
ˇ
¯
metsoalle ea hao. Empa haeba u sa ee hobane u tsaba ho kopa
batsoali ba hao, u ka ’na ua qetella u lutse hae u hloname, u ntse
u nahana hore ke uena feela ea sa ithabiseng.
¯
U KA KHETHA C HO BA KOPA—U UTLOE HORE NA BA
˝
RE’NG
KELETSO
Lebaka leo ka lona u ka
’nang ua khetha sena: Ua eleHa u ea ’mokeng, rera
lloa hore batsoali ba hao ba na
esale pele hore na u tla
etsa’ng haeba lintho li
le matla a ho u laela ’me u hlotsoa taolong. Pele u ea
mpha maikutlo a bona. (Bakolose
’mokeng oo, nahana ka
3:20) Ua ba rata ’me ha u batle
seo u tla se etsa kapa seo
ho ba utloisa bohloko ka hore u
u tla se bua e le hore haeikutsoe, u tsamaee le metsoalle
ba ho hlokahala u tlohe
moo u ntse u e-na le leea hao. (Liproverbia 10:1) Hape
tsoalo le hloekileng.
u na le monyetla oa ho ba tekela
taba ea hao.
Ke hobane’ng ha batsoali ba ka ba sa ntumelle ho ithabisa? 267
‘‘
Ha ke sa le monyenyane ke ne ke thibane
litsebe. Ha e le hantle, lintho tse ling tseo
ke neng ‘ke ithabisa’ ka tsona li ne li sa
thabise hakaalo. U tla kotula seo u se jalang.
Kea ikoahlaea hore ebe ha kea ka ka
mamela batsoali ba ka.
—Brian
’’
Liphello tsa seo: Batsoali ba hao baa elelloa hore ua ba rata
¯
ebile ua ba hlompha. Haeba ba nka hore kopo ea hao ea utloahala ba ka ’na ba u lumella hore u tsamaee.
Lebaka Leo Batsoali ba ka ’Nang ba Hana
Empa u ka etsa’ng haeba batsoali ba hao ba u hanela? Seo se
ka ’na sa u ferekanya. Leha ho le joalo, ho utloisisa maikutlo a
bona ho ka u thusa hore u amohele lithibelo tseo ba u behelang
tsona. Ka mohlala, ba ka ’na ba u hanela ka lebaka le leng kapa
a mang ho a latelang.
Ba na le tsebo le phihlelo ho u feta. Haeba u ne u e-na le
¯
boikhethelo, mohlomong u ne u tla khetha ho sesa lebopong leo
ho nang le basebetsi ba pholoso ho lona. Hobane’ng? Hobane ha
u ntse u sesa, ha u khone ho lemoha maemo ’ohle a kotsi. Empa
basebetsi ba pholoso ba boemong bo botle ba ho bona maemo
ao a kotsi.
ˇ
Ka ho tsoanang, kaha batsoali ba hao ba na le tsebo le phihlelo ho u feta, ba ka ’na ba hlokomela likotsi tseo u sa li boneng.
¯
Joaloka basebetsi ba pholoso ba lebopong, sepheo sa batsoali ba
hao hase ho u senyetsa monate, empa ke ho u thusa hore u qobe
likotsi tse ka ’nang tsa u amoha thabo bophelong.
Baa u rata. Batsoali ba hao ba lakatsa ka tieo ho u sireletsa.
Lerato le ba susumelletsa hore ba u lumelle ha ho khoneha,
¯
empa ba u hanele ha ho loketse. Ha u ba kopa hore ba u lumelle
ho etsa ntho e itseng, baa ipotsa hore na ba ka u lumella ho e
etsa ’me ka mor’a moo ba amohela liphello tsa ntho eo. Ba tla u
lumella hafeela ba kholisehile ka ho lekaneng hore ha u na ho
hlaheloa ke kotsi.
268 bacha baa botsa
BALA
BALA HO
HO EKETSEHILENG
EKETSEHILENG KA
KA TABA
TABA ENA
ENA
BUKENG
BUKENG EA
EA 2,
2, KHAOLONG
KHAOLONG EA 32
Joaloka
basebetsi ba pholoso
¯
lebopong, batsoali ba hao ba
boemong bo botle ba ho bona
kotsi e ka ’nang ea u hlahela
Seo U ka se Etsang Hore Mohlomong ba U Lumelle
`
Ho na le lintlha tse ’ne tse amehang.
ˇ
ˇ
Botsepehi: Taba ea pele, u lokela ho ipotsa ka botsepehi:
‘Ha e le hantle, ke hobane’ng ha ke batla ho ea moo? Na ke hobane ke hlile ke thabela ntho e il’o etsoa moo, kapa ke hobane ke
batla ho amoheloa ke lithaka? Na ke hobane motho e mong ea
nkhahlileng o tla be a le teng moo?’ Joale, bolella batsoali ba hao
’nete. E kile ea e-ba bacha, ’me ba u tseba hantle. Ntle ho moo,
ba ka ’na ba lemoha hore na ha e le hantle sepheo sa hao ke sefe.
ˇ
Ba tla ananela hore ebe ua tsepahala, ’me u tla rua molemo bohlaleng ba bona. (Liproverbia 7:1, 2) Ka lehlakoreng le leng, haeˇ
ˇ
ba u sa tsepahale u etsa hore ba se ke ba u tsepa ’me u fokotsa
monyetla oa hore ba u lumelle ho ea moo.
seo ke rerang ho se etsa!
ˇ
Haeba letsoalo la ka le tsoenngoa ke seo ke se bonang kapa
ke se utloang ha ke ile filiming kapa ’mokeng o itseng, ke tla
ı .................................................................................................................................
.................................................................................................................................
Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba
ka tabeng ena ke
.................................................................................................................................
.................................................................................................................................
Khetha nako e loketseng: U se ke ua emella batsoali ua ba
¯
kopa hona le hoane, hang feela ha ba fihla ba tsoa mosebetsing
kapa ha ba tsepamisitse maikutlo linthong tse ling. Buisana le
bona ha ba phutholohile. Empa u se ke ua ema ho fihlela motsotsong oa ho qetela ebe joale u leka ho ba hatella hore ba u
arabe. Batsoali ba hao ba ke ke ba thabela ho etsa qeto ka le¯
potlapotla. Ba kope esale pele, u ba fe nako ea ho nahana ’me
ba tla ananela tsela eo u ba nahanelang ka eona.
¯
Seo u se kopang: U se ke ua okola taba ka holimo feela. Ba
hlalosetse hantle seo u batlang ho se etsa. Batsoali ha ba khotsofale ha u araba ka ho re: “Ha ke tsebe,” haholo-holo ha ba u
botsa hore na, “Ke bo-mang ba tla beng ba le moo?” “Na ho tla
ba le motho e moholo ea nang le boikarabelo moo?” kapa “Ho
tla qetoa neng moo?”
Boikutlo ba hao: U se ke ua talima batsoali ba hao e le lira.
Ba talime e le bathusi—hobane ha e le hantle baa u thusa. Haeba u nka hore batsoali ba ka lehlakoreng la hao, ba ke ke ba
utloa eka u ngangisana le bona ’me mohlomong ba tla sebelisaˇ
na le uena hantle. Qoba ho bua lintho tse kang, “Ha le ntsepe,”
“Bana ba bang kaofela ba ea,” kapa “Batsoali ba metsoalle ea ka
ˇ
¯
ba e lumeletse ho ea!” Bontsa batsoali ba hao hore u holile ka
ho lekaneng hore u amohele qeto ea bona le ho e hlompha. Ha
u etsa joalo, ba tla u hlompha. Mohlomong nakong e tlang, ho
¯
tla ba bonolo hore ba amohele kopo ea hao.
U NAHANA’NG KA SEE?
˘ Ke hobane’ng ha u ka ’na ua ba leqe ho bolella batsoali
ba hao boitsebiso bohle boo ba bo hlokang e le hore ba
etse qeto?
˘ Ho ka ’na ha etsahala’ng haeba batsoali ba hao ba
u lumella ho etsa ntho e itseng empa u ba patetse
lintlha tsa bohlokoa?
270 bacha baa botsa
6
NAKO EA BOIKHATHOLLO
lintlha tsa botho
Hlalosa ntho e sa tsoa
¯ etsahala moo batsoali ba hao ba ileng
ba u hanela ha u kopa ho ea boithabisong bo itseng, ’me u
ngole lebaka leo ka lona u nahanang hore ka linako tse ling ba
u hanela ho ea boithabisong.
ı
Thathamisa lintho tse ling tseo u ithutileng tsona karolong
ena, tse ka u thusang ho eketsa monyetla oa hore khafetsa
¯
batsoali ba hao ba u lumelle ho etsa lintho tseo u li kopang.
271
7
BORAPELI BA HAO
273 Thabela ho Sebeletsa Molimo
280 Lipakane
38
Nka etsa’ng hore ke
thabele ho sebeletsa
Molimo?
`
Josh ea lilemo li 16 o paqame betheng. ’Me oa hae o
ema monyako. O re: “Joshua, ak’u tsohe! Ua tseba hore
re ea libokeng mantsiboeeng ana!” Batsoali ba Josh ke
Lipaki Tsa Jehova, ’me ho ea libokeng tsa Bokreste ke
karolo ea borapeli ba lelapa labo. Empa morao tjena,
Josh o se a le botsoa ho ea libokeng.
`
Oa tletleba: “Empa ’Me, na ehlile ke tlamehile ho ea
libokeng?”
`
’Me oa hae o re: “Ak’u tlohele ho ingamangama, apara.
`
’Na ha ke batle ho fihla liboka li se li qalile hape!” ’Me oa
hae oa reteleha ’me oa tsamaea.
`
Ha ’me oa hae a qeta ho furalla, Josh o buela tlaase, o
re: “Bolumeli bona ke ba hao, empa hoo` ha ho
bolele hore ke ba ka.” Oa tseba hore ’me oa
hae o mo utloile, hobane o ile¯ a ema ho se
hokae. Empa a khetha ho itholela ’me a
itsamaela.
Josh o ikutloa a le molato hore ebe` o
buile joalo. Ha a batle ho utloisa ’me oa
hae
Empa le teng ha a batle ho
¯ bohloko.
ˇ
kopa tsoarelo. Ntho feela eo a ka mpang a e
etsa ke . . .
Josh o qala ho apara le hoja a tenehile.
Joale o buela ka marameng o re, “Ka le leng
laˇ matsatsi ke tla iketsetsa qeto. Ha ke
tsoane le bana ba bang Holong ea ’Muso. ’Na
ha kea etsetsoa ho ba Mokreste!”
273
NA LE uena u kile ua ikutloa joaloka Josh? Na ka linako tse
ling ho bonahala eka u hohoba ka mor’a ba bang feela, ha bona
ba thabela ho etsa mesebetsi ea Bokreste? Ka mohlala:
ˇ
˘ Na u nka hore ha u ithuta Bibele ho tsoana feela le ha u
etsa mosebetsi oa sekolo o etsetsoang lapeng?
ˇ
˘ Na ha u rate ho ea tsebeletsong ea ntlo le ntlo?
˘ Na hangata u ikutloa u borehile ha u le libokeng tsa Bokreste?
Haeba u arabile ka e, lipotsong tse ka holimo, u se ke ua
nyahama. U ka ithuta hore u sebeletse Molimo u thabile. A re
bone hore na u ka etsa seo joang.
BOTHATA BA 1 Ho Ithuta Bibele
˝
Lebaka leo ho seng bonolo. Mohlomong u nka hore ha u
motho ea ratang ho bala. Ha u khone ho qeta nako e telele u
tsepamisitse maikutlo—u thatafalloa ho lula u khutsitse, u tsepamisitse maikutlo nthong e le ’ngoe! Etsoe u se u ntse u e-na
le lintho tse ngata tsa sekolo tseo u lokelang ho ithuta tsona.
Lebaka leo u lokelang ho ithuta eona. Bibele ke buka e
bululetsoeng ke Molimo, ’me e “molemo bakeng sa ho ruta le
ˇ
ho thusa batho le ho ba khalemela le ho ba bontsa kamoo ba
lokelang ho phela kateng.” (2 Timothea 3:16, Contemporary
English Version) Ho ithuta Bibele le ho thuisa ka seo u se balang, ho ka u thusa hore u utloisise lintho tseo u neng u sa li
tsebe. Bonneteng, ha ho letho le molemo leo u ka le fumanang
u sa le sebeletsa ka thata. Haeba u batla ho ipabola papaling e itseng, u lokela ho ithuta melao
ea eona ’me u e bapale. Haeba u batla ho phela
ˇ
hantle ’meleng, u lokela ho ikoetlisa. Ka ho tsoa¯
nang, haeba u batla ho tseba ’Mopi oa hao, u lokela ho ithuta Lentsoe la Molimo.
Seo bacha ba bang ba se buang. “Ha ke fihla sekolong se phahameng, ke ile ka lokela ho
etsa qeto ea bohlokoa. Bana ba bang ba ne ba
etsa lintho tse ngata tse mpe, ’me ke ile ka tla274 bacha baa botsa
=
¯
“Le fetohe ka ho fetola likelello
tsa lona, e
¯
le hore le ka ipakela e le lona thato ea
Molimo e molemo le e amohelehang le e
phethahetseng.”—Baroma 12:2.
˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙
meha ho khetha: ‘Na see ke sona seo ke batlang ho se etsa?
Na seo batsoali ba ka ba nthutang sona ke ’nete?’ Ke ile ka tlameha hore ke iphumanele seo.”—Tshedza.
“Ho tloha khale ke lumela hore seo ke ithutang sona ke
’nete, empa ho ne ho hlokahala hore ke ikholise. Ke ile ka tlameha ho ikhethela ho se lumela—eseng feela ho lumela seo
batsoali ba ka ba se lumelang.”—Nelisa.
Seo u ka se etsang. Iketsetse kemiso ea ho ithuta e lumellanang le maemo a hao. U ka ikhethela lihlooho tseo u tla ithuta tsona. U tla qala ka sehlooho sefe? Ke hobane’ng ha u sa
ithute Bibele ka hloko ’me u hlahlobisise seo u se lumelang,
mohlomong u sebelisa buka e kang ea Ha e le Hantle ke Eng
Seo Bibele e se Rutang? 1
ˇ
Seo u ka rerang ho se etsa. Tsoaea lintlheng tse peli
kapa tse tharo ho tse latelang tse hlahang ka Bibeleng, tseo u
ka ratang ho ithuta ho eketsehileng ka tsona—kapa ha u rata,
u ingolle tse ling.
O Na Molimo o teng?
1 E hatisoa ke Lipaki Tsa Jehova.
Haeba u batla ho phela hantle ’meleng,
u lokela ho ikoetlisa. Haeba u batla ho
phela hantle moeeng, u lokela ho
ithuta Lentsoe la Molimo
275
O Nka kholiseha joang hore bangoli ba Bibele ba ne ba
bululetsoe ke Molimo?
¯
O Ke hobane’ng ha ke lokela ho lumela hore lintho li bopiloe,
ho e-na le hore li bile teng ka ho iphetola?
O ’Muso oa Molimo ke’ng, hona nka paka joang hore o teng?
O Nka hlalosa joang seo ke se lumelang tabeng ea se etsahalang
ha motho a e-shoa?
O Ke hobane’ng ha ke lokela ho lumela hore tsoho ea bafu
e tla ba teng?
O Nka kholiseha joang hore na bolumeli ba ’nete ke bofe?
ı ..................................................................................................
..................................................................................................
..................................................................................................
BOTHATA BA 2 Ho Kopanela Mosebetsing oa Boboleli
˝
Lebaka leo ho seng bonolo. Ho bua le ba bang ka Bibele
—kapa ho kopana le ngoana eo u kenang sekolo le eena ha u
ˇ
le mosebetsing oa boboleli—e ka ba ntho e tsosang.
Lebaka leo u lokelang ho o etsa. Jesu o ile a laela balateli
ba hae, a re: “Le etse batho . . . barutuoa . . . le ba rute ho
boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.” (Matheu 28:
19, 20) Empa ho na le mabaka a mang ao re lokelang ho
bolella ba bang litaba tse moleˇ
mo ka ’ona. Liphuputso li bontsa
hore libakeng tse ling, bacha ba
NA U NE U TSEBA . . .
bangata ba lumela hore Molimo
Hase phoso ho hlahloba lio teng ebile ba kholoa seo Bibele
thuto tsa bolumeli tseo u
e se buang. Empa bacha bao ha
li lumelang. Ha e le haˇ
ba na tsepo ea sebele ka bokantle, ho botsa lipotso le
moso. Ha u ntse u ithuta Bibele,
ho etsa lipatlisiso ke tsela
e molemo ea ho tseba
u fumana boitsebiso boo lithaka
hore na seo u se lumetsa hao tse ngata li ntseng li bo
lang ka Molimo ke ’nete
batla li bileng li bo hlokang! Ha u
kapa che.—Liketso 17:11.
bolella ba bang seo u se lumelang, u tla ikutloa u thabile ’me
?
276 bacha baa botsa
habohlokoa le ho feta u tla thabisa pelo ea Jehova.—Liproverbia 27:11.
Seo bacha ba bang ba se buang. “ ’Na le motsoalle oa ka
e mong re ne re lokisetsa likenyelletso tse thahasellisang, ’me
re ithuta ho araba batho ba re hanyetsang le ho etsa maeto a
ˇ
ho boela. Ke ile ka qala ho thabela tsebeletso le ho feta ha ke
ikitlaetsa haholoanyane.”—Nelisa.
¯
“Morali e mong oabo rona oa Mokreste o nthusitse haholo!
ˇ
ˇ
ˇ
O ntsiea ka lilemo tse tseletseng, ’me o ea le ’na tsebeletsong
ˇ
ea tsimo ebile ka linako tse ling o nkisa lijong tsa hoseng. O ile
ˇ
a mpontsa litemana tse ’maloa tse khothatsang, tse ileng tsa
nthusa ho fetola tsela eo ke nahanang ka eona. Hona joale kea
hlokomela hore ke se ke thahasella ho thusa batho ba bang ka
lebaka la mohlala oa hae o motle. Ha ke tsebe hore na nka mo
lefa ka eng!”—Shontay.
¯
Seo u ka se etsang. Kopa batsoali ba hao hore u batle mo¯
ˇ
tho ea itseng ea holileng ka phuthehong eo u tla sebetsa tsimo
ˇ
ˇ
le eena. (Liketso 16:1-3) Bibele e re: “Tsepe e leotsoa ka tseˇ
pe. Ka ho tsoanang motho e mong o leotsa sefahleho sa e
mong.” (Liproverbia 27:17) Ho na le melemo e mengata ha u
¯
tloaelana le batho ba holileng ba nang le phihlelo. Alexis ea lilemo li 19 o re: “Ha e le hantle, motho o phutholoha haholoa¯
nyane ha a e-na le batho ba holileng.”
Seo u ka rerang ho se etsa. Ka tlaase mona, ngola lebitso
la motho e mong phuthehong ea heno, eo hammoho le baˇ
ˇ
tsoali ba hao, a ka u thusang tsebeletsong ea tsimo.
ı ..................................................................................................
BOTHATA BA 3 Ho ea Libokeng Tsa Bokreste
˝
Lebaka leo ho seng bonolo. Ka mor’a ho qeta letsatsi lohle u lutse ka tlelaseng, u ka ’na ua tsoafa ho qeta hora e le
’ngoe kapa tse peli u mametse lipuo tse buang ka Bibele.
Lebaka leo u lokelang ho ea ho tsona. Bibele e khothatsa
Bakreste ka ho re: “A re nahanelaneng hore re susumeletsane
Nka etsa’ng hore ke thabele ho sebeletsa Molimo? 277
‘‘
Ke ’na ea ikhethetseng ho ba bolumeling
bona, eseng hobane e le ba batsoali ba ka.
Jehova ke Molimo oa ka, ’me ha ke batle
ho etsa letho le tla senya kamano ea ka le
eena.
—Samantha
’’
leratong le mesebetsing e metle, re sa tlohele ho bokana ha
¯
rona, joalokaha ba bang ba e-na le tloaelo eo, empa re khothatsana, ’me re etsa joalo haholo kaha le bona letsatsi le ntse le
atamela.”—Baheberu 10:24, 25.
Seo bacha ba bang ba se buang. “Ke habohlokoa hore u
lokisetse liboka. Ka linako tse ling, u lokela ho ikhanna hore u
etse seo. Ha u lokiselitse liboka, ua li thabela hobane u tseba liˇ
ntlha tse tsohloang ebile u khona ho ba le seabo.”—Elda.
“Ke lemohile hore ha ke arabela libokeng, ke natefeloa ke
tsona haholoanyane.”—Jessica.
Seo u ka se etsang. Iphe nako ea ho lokisetsa esale pele
’me ha ho khoneha, u arabele libokeng. Sena se tla etsa hore u
ikutloe u e-na le seabo haholoanyane ho se etsahalang libokeng.
seo ke rerang ho se etsa!
Ke tla qeta metsotso e ............ letsatsi ka leng ke bala Bibele
’me ke tla qeta ......................... beke ka ’ngoe ke lokisetsa
liboka tsa Bokreste.
E le hore ke mamelisise ha ke le libokeng tsa Bokreste,
ke tla
ı ..........................................................................................................................
..........................................................................................................................
Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba
ka tabeng ena ke
..........................................................................................................................
..........................................................................................................................
Ka mohlala: Ke hofe ho thaKELETSO
bisang haholo—na ke ho sheBatla buka eo u tla ngolla
bella papali e itseng thelevishelintlha ho eona, ’me u
neng, kapa ke ho e bapala? Ho
ngole lintlha tsa sehlooho
totobetse hore ho bapala papali
ha u le libokeng tsa Boeo ho monate ho feta ho e shekreste. Ha u na ho bona
hore nako e ntse e tsabella. Ke hobane’ng ha u sa nke
maea ’me u tla nolofalloa
liboka tsa Bokreste ka tsela e
ˇ
ho ithuta!
tsoanang?
Seo u ka rerang ho se etsa.
Moleng o ka tlaase mona, ngola
hore na u ka qeta metsotso e 30 neng beke ka ’ngoe, u lokisetsa seboka se itseng sa phutheho.
ı ..................................................................................................
Bacha ba bangata ba lemoha bonnete ba se boleloang ke
Pesaleme ea 34:8, e reng: “Latsoang ’me le bone hore Jehova
o molemo.” Na u khotsofalla ho bolelloa hore lijo tse itseng li
lutlisa mathe? Na ha ho molemo hore u li latsoe ka bouena?
ˇ
Hoa tsoana le tabeng ea ho sebeletsa Molimo. Latsoa ’me u
iponele kamoo ho khotsofatsang kateng ho ba le seabo litabeng tsa moea. Bibele e re ha motho e se moutloi feela empa e
le moetsi oa mosebetsi “o tla thaba ho o etseng ha hae.”—Jakobo 1:25.
KHAOLONG E LATELANG
Bala kamoo u ka ipehelang lipakane
kateng le ho li finyella.
U NAHANA’NG KA SEE?
˘ Ke hobane’ng ha mocha a ka ’na a utloa eka
mesebetsi e amanang le borapeli ea bora?
˘ Lintlheng
tse tharo tse amanang le borapeli tse
ˇ
tsohliloeng khaolong ee, ke efe eo u ka ratang ho
ntlafatsa ho eona?
Nka etsa’ng hore ke thabele ho sebeletsa Molimo? 279
ba ne ba ipehetse lipakane
¯
Bibele e re: “Ha le tsebe hore na bophelo ba lona bo tla
ba joang hosasane.” (Jakobo 4:14) Ka linako tse ling, motho
ˇ
o shoa ka tsohanyetso le hona a sa le monyenyane. Ha u ntse
u bala ka seo Catrina le Kyle ba se entseng, hlokomela kamoo ba ileng ba iketsetsa lebitso le letle kateng le Jehova
ˇ
Molimo, ka nako e khutsoanyane eo ba e phetseng, ka hore
ebe ba ile ba ipehela lipakane tsa moea ’me ba li finyella.
—Moeklesia 7:1.
Catrina o hlokahetse a le lilemo li 18, empa ha a le lilemo
li 13 o ne a se a ntse a ngotse lintho tseo a batlang ho li etsa
bophelong—e leng lipakane tseo a neng a batla ho li finyella.
ˇ
Lipakane tsa hae li ne li akarelletsa ho kenela tsebeletso ea
nako e tletseng, ho sebeletsa sebakeng seo ho hlokahalang
mesuoe ea Bibele ho sona le ho sebetsa le ntate oa hae kahong ea Liholo Tsa ’Muso. O ne a ngotse hore: “Ke inehetse
ho Jehova Molimo!” Catrina o ne a ikemiselitse “ho phela ka
melao ea Molimo le ka tsela e tla mo thabisa.” Lepatong la
hae, Catrina o ile a hlalosoa e le “moroetsana e motle ea
neng a ikemiselitse ho qeta bophelo bohle ba hae a sebeletsa Jehova.”
Ho tloha bonyenyaneng, Kyle o ne a rutiloe hore a iketsetse lipakane. Ka mor’a hore a shoe kotsing ea koloi ha a le li`
lemo li 20, beng ka eena ba ile ba fumana buka eo ’me oa
hae a neng a mo thusitse hore a ngole lipakane tsa hae ho
`
eona, ho tloha ha a le lilemo li ’ne. Lipakane tsa hae li ne li
akarelletsa hore a kolobetsoe, a fane ka lipuo Holong ea
¯ ¯
’Muso le hore a sebeletse ntlo-kholo ea Lipaki Tsa Jehova,
moo a neng a tla kenya letsoho ho hlahiseng lingoliloeng tse
`
tla thusa batho hore ba ithute ka Molimo. Ka mor’a hore ’me
oa hae a shebe buka ena eo Kyle a e ngotseng lilemong tse
ngata tse fetileng, o ile a re: “O finyeletse lipakane tseo kaofela.”
U ipehetse lipakane life? Ha u tsebe hore na bophelo ba
hao bo tla ba joang hosasane. Kahoo, sebelisa letsatsi ka
leng hamolemo. Joaloka Catrina le Kyle, sebelisa nako ea
hao ho etsa lintho tse putsang ka ho fetisisa. Etsisa moapostola Pauluse, eo ho elella qetellong ea bophelo ba hae, a
ileng a re: “Ke loanne ntoa e ntle, ke mathile tseleng ea peiso
ho fihlela qetellong, ke bolokile tumelo.” (2 Timothea 4:7)
Khaolo e latelang e tla u thusa ho etsa seo!
281
39
Nka finyella
lipakane tsa ka
joang?
Linthong tsee tse
latelang, ke efe eo u ka
ratang ho ba le eona?
ˇ
ı O Ho itsepa
haholoanyane
O Ho ba le metsoalle e
eketsehileng
O Ho thaba haholoanyane
HA E le hantle, u ka ba le lintho tseo ka boraro ba tsona! Joang? Ka hore u ipehele lipakane u be u li finyelle. Nahana ka lintlha tse latelang:
ˇ
U ka itsepa haholoanyane. Ha u ipehela lipakane tse nyenyane ’me u li finyella, u tla ba le sebete sa hore u leke ho finyella
¯
tse kholoanyane. U tla boela u be sebete haholoanyane ha u tobana le liteko tsa letsatsi le letsatsi—tse kang ho tobana khatello ea
lithaka.
Ho ba le metsoalle e eketsehileng. Batho ba thabela ho etsa
setsoalle le batho ba nang le sepheo—ba tsebang seo ba se batlang ’me ba ikemiselitse hore ba se finyelle.
Ho thaba haholoanyane. Ho bua ’nete: Hase ntho e thabisang ho jeoa ke bolutu kapa ho letela hore lintho li iketsahalle feela bophelong. Ka lehlakoreng le leng, ha u ipehela lipakane ’me u
li finyella, u ikutloa u finyeletse ho itseng. Na u se u itokiselitse ho
qala? Lintlha tse maqepheng a latelang li tla u thusa!1
ˇ
1 Litlhahiso tsena ke mehlala ea lipakane tsa nako e khutsoanyane, empa melaomotheo e fanoeng mona e boetse ea sebetsa le lipakaneng tsa nako e telele.
282 bacha baa botsa
‘‘
Ho bonolo ho nyahama haeba ho se na ntho eo
u tsepamisitseng maikutlo ho eona kapa eo u e
lebeletseng. Empa ha u ipehetse lipakane ’me
u li finyella, u ikutloa u le motlotlo.
—Reed
1 LI TSEBE
’’
1. Nahana ka lipakane tseo u ka ipehelang tsona. Thabela
mohato ona! U se ke ua bapisa lintlha tseo u li nahanang; ngola
feela likhopolo tse ngata kamoo u ka khonang. Bonyane leka ho
ngola lintho tse 10 tseo u ka li etsang.
2. Hlahlobisisa lintho tseo u li nahanang. Ke life tseo u bonang eka li thabisa haholo? Tse boima haholo ke life? Ke life tseo
u tla ba motlotlo haholo ha u ka li finyella? Hopola hore lipakane
tse molemo ka ho fetisisa ke tsa lintho tseo u nkang hore ke tsa
bohlokoa haholo.
3. Beha tsa bohlokoa pele. Thathamisa lipakane tseo ho latela hore na u batla ho finyella life pele.
Lipakane Tsa Mohlala
ka ea ka.
lle le motho eo e seng tha
Setsoalle Ho etsa setsoa le.
kha
Ho tsosolosa setsoalle sa
beke
a bonyane metsotso e 90
Bophelo bo botle Ho qet ala lihora tse robeli bosiu bo
ka ’ngoe ke ikoetlisa. Ho rob
bong le bo bong.
lo. Ho
araka tsa ka thutong ea lipa etse se
Sekolo Ho ntlafatsa lim
ke
e
hor
lla
ate
lithaka li nkh
emela se nepahetseng ha
ng.
tse
ahe
fos
ka leng. Beka metsotso e 15 letsatsi
elang.
Bomoea Ho bala Bibele
lum
se
ke
seo
ti-’moho le ’na
keng ena, ke bolelle seithu
2
E-BA LE
MORALO
Pakaneng ka
’ngoe ho tseo u li
khethileng, etsa
se latelang:
Ngola pakane ea hao.
Beha nako eo u batlang ho e
finyella ka eona. Etsoe ho ipehela
pakane empa u sa ipehela nako eo u
tla e finyella ka eona ke toro feela!
Etsa moralo oa mehato e
amehang.
Nahana ka lintho tse ka ’nang
tsa u sitisa. Ebe u nahana tsela eo u
¯
tla li hlola ka eona.
Etsa boitlamo. Itlame hore u
tla etsa sohle se matleng a hao ho
finyella pakane eo. Joale saena ’me
u ngole letsatsi.
?
NA U NE U TSEBA . . .
Ha ¯u ipehetse
pakane e
¯
kholo, u thaba le ho feta
ha u e finyella!
284 bacha baa botsa
ke etele Mexico
Ho ithuta Sepanishe hore
ka la 1 July
e nka ke
Mehato eo ke lokelang ho
lipolelo.
ang
los
1. Ho fumana buka e hla
leshome beke ka ’ngoe.
a
cha
2. Ho ithuta mantsoe a ma
g ba bua Sepanishe.
3. Ho mamela ha batho ba ban
¯
e a nthuse ka melao ea puo
4. Ho kopa motho e mong hor
g ka eona.
le tsela eo mantsoe a bitsoan
ˇ
ha
Litsitiso tse ka ’nang tsa hla
ng Sepanishe
bua
ea
’na
Ha ho motho ea haufi le
¯
eng
Kamoo nka li hlolang kat
otiloeng ka Sepanishe
Ke tla kopitsa likhatiso tse rek
anete ho www.jw.org.
Inth
oa
mocheng oa boitsebiso
..... ..... ..... ..... ..... ..... ..... .....
..... ..... ..... .....
Saena
ˇ
Lipakane li tsoana le polane
ea mohaho—motho o lokela ho
sebetsa e le hore a li finyelle
..... ..... ..... ..... ....
Letsatsi
KELETSO
ˇ
U se ke ua tsoenyeha ka
hore u lokela ho khomarela ka thata moralong oo u
o entseng. Tenyetseha
’me u etse liphetoho ha u
ntse u sebeletsa ho finyella pakane ea hao.
=
“Ka sebele merero ea ea khothetseng e
tlisa molemo.”—Liproverbia 21:5.
˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙ ˙
3 NKA BOHATO!
Qala hang-hang. Ipotse, ‘Nka etsa’ng kajeno e le hore ke
leke ho finyella pakane ea ka?’ Ke ’nete hore e ka ’na eaba ha ua
ngola ntho e ’ngoe le e ’ngoe e amehang, empa u se ke ua lumella seo ho u sitisa hore u qalelle. Joalokaha Bibele e bolela, “ea
¯
shebellang moea a ke ke a jala peo; ’me ea talimang maru a ke
ke a kotula.” (Moeklesia 11:4) Fumana seo u ka se etsang kajeno—le haeba se le senyenyane—’me u se etse.
Hlahloba lipakane tsa hao letsatsi ka leng. Ikhopotse lebaka leo ka lona u nkang hore pakane ka ’ngoe ke ea bohlokoa.
ˇ
Hlahloba khatelo-pele eo u e entseng ka ho tsoaea pakaneng
ka ’ngoe eo u e finyeletseng (kapa u ngole hore na u e finyeletse
neng).
Sebelisa matla a ho nahana. Nahanela pele ’me u ipone u
se u finyeletse pakane ea hao. Ikutloe u le motlotlo ka seo u se
finyeletseng. Ka mor’a moo, nahana hape ka pakane ka ’ngoe.
Qetellong, nahana kamoo u tla thaba kateng ha u se u finyeletse pakane eo. Joale qalella!
U NAHANA’NG KA SEE?
˘ Na ho ka khoneha hore u ipehele lipakane tse ngata ka
nako e le ’ngoe?—Bafilipi 1:10.
˘ Na ho ipehela lipakane ho bolela hore u lokela ho
rera seo u tla se etsa ka motsotso o mong le o mong
bophelong?—Bafilipi 4:5.
286 bacha baa botsa
MOHLALA O MOTLE OA
Timothea
Timothea o ne a le mothating oa ho tloha lapeng—eseng
hobane a baleha ba lelapa labo, empa hobane e il’o ba moromuoa hammoho le moapostola Pauluse! Mohlomong Timothea o ne a habile lilemo tse 20, ’me e se e le mohlankana ea
nang le boikarabelo ea neng a “buuoa hantle ke barab’abo
¯
rona Lystra le Ikoniamo.” (Liketso16:2) Pauluse o ne a kholisehile hore Timothea a ka phetha mosebetsi oa bohlokoa
ˇ
tsebeletsong ea Molimo. ’Me o ile a fela a etsa seo! Lilemo ka
mor’a moo, Timothea o ile a ea libakeng tse ngata, a theha li¯
ˇ
phutheho le ho matlafatsa bara le barali babo rona. Litsobotsi
tse ntle tseo Timothea a neng a e-na le tsona li ile tsa etsa
hore Pauluse a mo rate, ’me lilemo tse ka bang 11 hamorao o
ile a re ka eena ho Bafilipi: “Ha ke na e mong ea nang le boikutlo bo kang ba hae eo kannete a tla hlokomela lintho tse le
amang.”—Bafilipi 2:20.
ˇ
Na u ithaopela hore u sebelisoe tsebeletsong ea Molimo?
Haeba ho joalo, u tla fumana litlhohonolofatso tse enneng!
Ruri Jehova o ananela bacha ‘ba itlhahisang ka ho rata.’
(Pesaleme ea 110:3) Ho feta moo, u ka kholiseha hore Jehova
Molimo ‘hase ea sa lokang hoo a ka lebalang mosebetsi oa
hao.’—Baheberu 6:10.
7
BORAPELI BA HAO
lintlha tsa botho
Meleng e ka tlaase mona, ngola se u kholisang hore ho na le
Molimo ea lerato.
ı
Ngola lipakane tse peli tseo u ka ratang ho li finyella
borapeling ba hao.
288 bacha baa botsa
S
E
H
L
O
M
A
T
H
I
S
O
LIPOTSO TSEO
BATSOALI BA LI
BOTSANG
“Nka etsa’ng hore ngoana oa ka a buisane le ’na?”
“Na ke lokela ho tsitlella hore a fihle
lapeng ka nako e itseng?”
“Nka thusa morali oa ka joang
hore a be le pono e loketseng ka lijo?”
Tsena ke tse ling tsa lipotso tse 17 tse arabeloang
Sehlomathisong sena. Boitsebiso bo fanoeng mona bo
ˇ
ˇ
arotsoe ka likarolo tse tseletseng ’me ho bontsitsoe likhaolo tseo bo hlahang ho tsona, Bukeng ea 1 le ea 2
ea Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang.
ˇ
Bala boitsebiso boo. Ha ho khoneha, bo tsohle le
molekane oa hao. Ebe joale le sebelisa keletso e hla¯
hang moo ho thusa bana ba lona. Likarabo tse fanoeng
ˇ
moo ke tse ka tseptjoang. Ha lia thehoa bohlaleng ba
batho bo haelloang, empa li thehiloe Lentsoeng la Molimo, e leng Bibele.—2 Timothea 3:16, 17.
290
297
302
307
311
315
Puisano
Melao
Bolokolohi
ˇ
Boitsoaro
Litaba Tsa Maikutlo
Bomoea
Sehlomathiso 289
PUISANO
PUISANO
Na ehlile ke phoso ha ke ngangisana
le molekane oa ka kapa bana ba ka?
ˇ
Lenyalong, joang kapa joang ho se tsoane ka maikutlo ho
¯
tla ba teng. Empa ke lona ba ikhethelang hore na le tla sebetsana le hona joang. Ha batsoali ba qabana,
SHEBA KHAOLO EA 2
seo se ama bacha ka ho teba. Le lokela ho
BUKENG EA 1 LE
nahanisisa ka taba ena, kaha ha e le hantle
KHAOLO EA 24
¯
¯
lenyalo la lona le behela bana ba lona moBUKENG EA 2
hlala oo ba ka o latelang ha ba kena lenyalong. Ke hobane’ng ha le sa sebelise liphapang tseo le bang le
ˇ
tsona e le monyetla oa ho ba bontsa tsela e molemo ea ho rarolla liqabang? Lekang ho sebelisa litlhahiso tse latelang:
Mamela. Bibele e re ‘re potlakele ho utloa, re liehe ho bua,
re liehe ho halefa.’ (Jakobo 1:19) U se ke ua mpefatsa boemo
ka ‘ho busetsa bobe ka bobe.’ (Baroma 12:17) Esita le ha ho
bonahala eka molekane e mong ha aa ikemisetsa ho mamela,
uena u ka khetha ho mamela.
ˇ
Leka ho hlalosa, ho e-na le ho mo tsoaea liphoso. Bolella
ˇ
molekane oa hao u khobile matsoafo hore na seo a se etsang
se u ama joang. (“Ke utloa bohloko ha u . . . ”) U se ke ua mo
ˇ
qosa kapa ua mo tsoaea liphoso. (“Ha u ntsotelle.” “Ha ho mohla u ’mamelang.”)
Khefutsang ho se hokae. Ka linako tse ling, ho molemo
hore le tlohele taba eo le buisanang ka eona ho fihlela ha boˇ
hale bo kokobetse. Bibele e re: “Tsimoloho ea ho hloka kutloano e joaloka ea bulelang metsi; kahoo pele qabang e qhoma, u
itsamaele.”—Liproverbia 17:14.
290 bacha baa botsa
ˇ
1 Ka nako e tsoanang, le se ke la etsa hore ngoana a ikutloe a le molato e le hore a etse
ntho e itseng.
Sehlomathiso 291
PUISANO
¯
ˇ
Kopang tsoarelo e mong ho e mong—’me haeba ho loke¯
tse le ho bana ba lona. Brianne ea lilemo li 14 o re: “Ka lina¯
ˇ
ko tse ling ha batsoali ba ka ba ile ba qabana, ba kopa tsoarelo ho ’na le abuti oa ka kaha baa tseba hore na seo se re
ama joang.” Ntho e ’ngoe ea bohlokoahali eo le ka e rutang
¯
¯
bana ba lona ke hore ka boikokobetso motho a re, “Ke kopa
ˇ
tsoarelo.”
Empa le ka etsa’ng haeba bothata e le ho ngangisana le
¯
bana? Batlang hore na ebe hase lona bao mohlomong ba mpefatsang boemo le sa elelloe. Ka mohlala, shebang boemo bo
hlalositsoeng qalong ea Khaolo ea 2, leqepheng la 15 bukeng
`
ena. Na le ka qolla lintho tseo ’me oa Rachel a li entseng tse
tlatselitseng hore ba ngangisane? Le ka etsa’ng e le hore le
¯
qobe ho ngangisana le ngoana oa lona? Lekang ho sebelisa litlhahiso tse latelang:
˘ Qobang ho bua mantsoe a akaretsang, a kang “Kamehla
u . . . ” kapa “Ha ho mohla u . . . ” Lipolelo tse joalo li etsa
ˇ
hore a batle ho itsireletsa. Etsoe e ka ’na eaba li feteletsa taba,
’me ngoana o tseba seo. Hape e ka ’na eaba ngoana oa tseba
hore le mpa le bua joalo hobane le koatile, eseng hobane a sa
le mamele.
˘ Ho e-na le ho toba ngoana ka ho re “uena” kapa “u,” leˇ
kang ho mo hlalosetsa kamoo boitsoaro ba hae bo le amang
kateng. Ka mohlala, “Ke utloa . . . ha u . . . ” ’Nete ke hore
tlaase botebong ba pelo, ngoana oa tsotella hore na le ikutloa
joang. Ha le bolella ngoana hore na le ikutloa joang, seo se ka
¯
’na sa mo susumelletsa hore a sebelisane-’moho le lona.1
˘ Le hoja ho ka ’na ha e-ba thata, ithibeng ho fihlela bohale bo kokobetse. (Liproverbia 29:22) Haeba se etsang hore le
ngangisane le ngoana e le taba e amanang le mosebetsi oa laˇ
peng, e tsohleng le eena. Ngolang ka ho hlaka seo le batlang
hore a se etse, ’me haeba ho hlokahala le mo hlalosetse hantle
hore na ho tla etsahala’ng haeba a sa etse joalo. Mo mameleng le sa mo felle pelo, esita le haeba le nka hore seo a se
buang se fosahetse. Bacha ba bangata ba mamela motho ea
ba mamelang, ho fapana le ea ba komelang.
˘ Pele le potlakela ho etsa qeto ea hore ngoana o na le
moea oa borabele, hlokomelang hore boholo ba seo le bonang
¯
a se etsa ke karolo ea ho hola. Ngoana a ka ’na a ngangisana
¯
ˇ
¯
le lona ka ntho e itseng e le hore a le bontse hore oa hola. Lekang ka matla ho se ngangisane le eena. Hopolang hore tsela
ˇ
eo le itsoarang ka eona ha le halefile e ruta ngoana hore a etse
ˇ
se tsoanang. E-bang le mamello le tiisetso ’me le tla behela
ngoana mohlala o motle oo a tla o latela.—Bagalata 5:22, 23.
PUISANO
Bana ba ka ba lokela ho tseba hakae
ka bophelo ba ka ba nakong e fetileng?
Ak’u nahane u le boemong bona: U ja lijo tsa mantsiboea le
¯
molekane oa hao, morali oa lona le metsoalle e itseng. Ha le
ntse le qoqa, motsoalle oa hao o bua ka motho e mong eo
u neng u ratana le eena—eaba lea arohana
SHEBA KHAOLO EA 1
—pele u kopana le molekane oa hao. Fereko
BUKENG EA 1
ea morali oa hao e batla e chophoha. O re
ka ho makala: “Athe ho na le motho e mong eo u kileng ua ratana le eena?” Ha u e-s’o ka u bolella morali oa hao taba eo.
Joale o batla ho utloa ho eketsehileng. U tla etsa joang?
Hangata ho molemo hore u sekehele ngoana tsebe ha a u
botsa lipotso. Etsoe nako le nako ha a u botsa lipotso ’me a mamela ha u mo araba, le se le ntse le buisana—e leng seo batsoali ba bangata ba se labalabelang.
Empa ke lintho life tse etsahetseng nakong e fetileng bophelong ba hao tseo u lokelang ho li bolella ngoana? Ha ho pelaelo hore u ka ’na ua khetha ho se mo bolelle lintho tse itseng
tse u soabisang. Leha ho le joalo, maemong a loketseng, ho
bua ka liphoso le mathata a mang ao u ileng ua tobana le ’ona
ho ka thusa bana ba hao. Joang?
Nahana ka mohlala ona. Moapostola Pauluse o kile a bua
sena ka eena: “Ha ke lakatsa ho etsa se nepahetseng, se sebe
292 bacha baa botsa
Nka etsa’ng hore ngoana oa ka a buisane le ’na?
Ha bana ba hao ba sa le banyenyane, mohlomong ba ne ba
buisana le uena ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Ha u ne u ba botsa
SHEBA KHAOLO EA 1
LE EA 2 BUKENG EA 1
Sehlomathiso 293
PUISANO
¯ ¯
se teng ho ’na. . . . Ke monna ea soto hakaakang!” (Baroma 7:
21-24) Jehova Molimo o ile a bululela mantsoe ao ’me a etsa
hore a ngoloe ka Bibeleng le hore a bolokoe molemong oa
¯
¯
rona. Ka sebele re rua molemo, kaha kaofela ha rona re khona
ho utloisisa boemo boo Pauluse a neng a le ho bona.
ˇ
Ka ho tsoanang, ha bana ba utloa ka liqeto tse ntle tseo u
ileng ua li etsa le ka liphoso tseo u ileng ua li etsa, seo se ka
¯
ba thusa hore ba u utloisise hamolemo. Ke ’nete hore ha u hola
mehla e ne e fapane. Empa le hoja mehla e fetohile, tsela eo
batho ba entsoeng ka eona ha ea fetoha hammoho le melaomotheo ea Mangolo. (Pesaleme ea 119:144) Ho bua ka mathata ao u ’nileng ua tobana le ’ona—le kamoo u ileng ua sebetsana le ’ona kateng—ho ka thusa bana ba hao ba lilemong tsa
bocha hore ba sebetsane le mathata a bona. Mohlankana e
mong ea bitsoang Cameron o re: “Ha u hlokomela hore batsoaˇ
li ba hao ba ’nile ba tobana le mathata a tsoanang le a hao,
hoo ho etsa hore u utloisise hore batsoali ba hao le bona ke batho.” Ha a tsoela pele o re: “Nakong e tlang ha u tobana le bothata bo itseng, ua ipotsa hore na batsoali ba hao le bona ba
ˇ
kile ba tobana le bothata bo tsoanang le boo.”
Tlhokomeliso: Ha ho hlokahale hore pale e ’ngoe le e ’ngoe
eo u e phetang e felle ka keletso. Ke ’nete hore u ka ’na ua
ˇ
tsoha hore mocha a ka ’na a etsa liqeto tse fosahetseng kapa
ˇ
hona ho nahana hore le eena a ka etsa liphoso tse tsoanang le
tsa hao. Empa ho e-na le ho akaretsa seo u batlang hore ngoa¯
na a ithute sona puisanong ea lona (“Ke kahoo u sa lokelang
ˇ
ho . . . ”), ka bokhutsoanyane mo hlalosetse kamoo u ikutloang
kateng. (“Ha ke nahana ka taba eo, ke lakatsa eka nka be ke
sa etsa tjena le tjena, hobane . . . ”) Kahoo, mora kapa morali
oa hao a ka ithuta thuto ea bohlokoa linthong tse u etsahalletseng empa a sa ikutloe eka o ne a khalemeloa.—Baefese 6:4.
PUISANO
potso e itseng, ba ne ba araba ba sa qeaqee. Ha e le hantle,
hangata ho ne ho sa hlokahale hore u ba botse lipotso; ba ne
ba thatoloha joaloka toloki. Ka lehlakoreng le leng, ha u leka ho
ˇ
etsa hore bacha ba bue u ka utloa eka ho tsoana le ha u ntse
u hamela letanteng. U ka ’na ua re ka pelong: ‘Ba khona ho buisana le metsoalle ea bona. Empa ke hobane’ng ha ba sa buisane le ’na?’
¯
U se ke ua etsa qeto ea hore ha bana ba hao ba thotse, seo
ˇ
se bontsa hore ha ba u batle kapa ha ba batle hore u tsebe lintho tse etsahalang bophelong ba bona. ’Nete ke hore ba u hloka ho feta leha e le neng pele. Ho thabisang ke hore liphuputso
ˇ
li bontsa hore bacha ba bangata ba ntse ba ananela keletso ea
batsoali ba bona—ho feta ea lithaka tsa bona kapa e fanoang
mecheng ea phatlalatso.
Joale ke hobane’ng ha ba le lesisitheho ho u bolella lintho
tseo ba li nahanang? Nahana ka mabaka ao bacha ba bang ba
reng ha ba bolelle batsoali ba bona lintho ka ’ona. Ebe u ipotsa
ˇ
lipotso tse latelang ’me u sheba litemana tse bontsitsoeng.
“Ke thatafalloa ho buisana le Ntate hobane ho na le lintho tse ngata tseo a lokelang ho li etsa, mosebetsing le
ka phuthehong. Ha ho mohla ho bonahalang eka o na le
nako ea hore re ka buisana.”—Andrew.
‘Na ke sa hlokomele, ke fana ka maikutlo a hore ke phathahane hoo ke se nang nako ea ho buisana le bana ba ka? Haeba ho
joalo, nka etsa’ng e le hore ba nolofalloe ho buisana le ’na? Nka
ipehela nako neng ea hore ke buisane le bana ba ka kamehla?’
—Deuteronoma 6:7.
`
“Ke ile ka bolella ’Me ke tletse likhapha ka taba e ’ngoe
eo re neng re phehisana khang ka eona sekolong. Ke ne
ˇ
ke batla hore a ntselise, empa ho e-na le hoo o ile a
nkhalemela ka thata. Haesale ho tloha mohlang oo, ha
ke e-s’o ka ke mo bolella ntho leha e le efe ea bohlokoa.”
—Kenji.
‘Ke etsa’ng ha bana ba ka ba mpolella mathata a bona? Esita le haeba ho hlokahala hore ke ba khalemele, na nka ithuta ho
294 bacha baa botsa
Sehlomathiso 295
PUISANO
leta le ho ba mamela ka kutloelo-bohloko pele ke ba fa keletso?’
—Jakobo 1:19.
“Ho bonahala eka nako le nako ha batsoali ba re ba
ke ke ba halefa ha re bua, ba ntse ba koata. Joale bacha
ba ikutloa ba tsuoe tlaase.”—Rachel.
‘Haeba ngoana a mpolella taba e nkhalefisang, nka etsa’ng
ho ithiba?’—Liproverbia 10:19.
`
“Hangata ha ke ne ke bolella ’Me makunutu a ka, hanghang o ne a a bolella metsoalle ea hae. Ho ile ha feta
ˇ
nako e telele ke sa mo tsepe.”—Chantelle.
ˇ
‘Na ke bontsa ho nahanela maikutlo a ngoana ka hore ke se
ke ka jala makunutu ao a mpoleletseng ’ona?’—Liproverbia 25:9.
“Ho na le lintho tse ngata tseo ke batlang ho li bolella
batsoali ba ka. Ke mpa feela ke batla hore ba nthuse ho
qala moqoqo.”—Courtney.
‘Na nka qalisa moqoqo le bana ba ka? Ke nako efe e loketseng ea ho buisana le bona?’—Moeklesia 3:7.
Kaha u motsoali, u tla rua molemo haholo ha u nolofalletsa
ngoana oa hao hore a buisane le uena. Nahana ka phihlelo ea Junko ea lilemo li 17 oa Japane. O re: “Ka nako e ’ngoe ke ile ka bo`
lella ’Me hore ke ikutloa ke phutholohile haholo ha ke e-na le
bana bao ke kenang sekolo le bona, ho feta ha ke e-na le Bakre`
ste-’moho le ’na. Ka le hlahlamang ke ile ka fumana ’Me a ’ngoletse lengolo a le behile deskeng ea ka. O ne a ngotse hore nakong
e fetileng le eena o ne a ikutloa a sa phutholoha ha a e-na le balumeli-’moho le eena. O ile a nkhopotsa ka batho ba bang bao ho
buuoang ka bona ka Bibeleng ba ileng ba sebeletsa Molimo, le
hoja ho ne ho se na batho ba ba khothatsang. O ile a boela a mpabatsa ka boiteko boo ke neng ke bo entse ba ho batla metsoalle
e molemo. Ke ile ka hlolloa ha ke hlokomela hore hase ’na feela
`
ea nang le bothata bona. ’Me le eena o ne a bile le bona, ’me ke
`
ne ke thabetse ho utloa seo hoo ke ileng ka lla. Seo ’Me a mpoleletseng sona se ile sa nkhothatsa haholo ’me sa ’matlafalletsa
hore ke etse se nepahetseng.”
`
Joalokaha ’me oa Junko a ile a hlokomela, bacha ba atisa ho
PUISANO
bua le batsoali ba bona ka bolokolohi ha ba ba tiisetsa hore ba ke
ke ba ba phoqa kapa ba ba nyatsa ka lebaka la lintho tseo ba li
nahanang le tsela eo ba ikutloang ka eona. Empa u ka etsa’ng
haeba ngoana oa hao a bonahala a tenehile kapa a bile a halefiˇ
ˇ
le ha a bua le uena? Qoba ho itsoara ka tsela e tsoanang. (Baroma 12:21; 1 Petrose 2:23) Le hoja ho se bonolo ho etsa joalo, boˇ
ntsa ngoana ka seo u se buang le seo u se etsang hore na u
ˇ
lebeletse hore a itsoare joang.
¯
Hopola sena: Bacha baa fetoha ha ba ntse ba hola hore e
be batho ba baholo. Litsebi li hlokometse hore ha ba le boeˇ
mong boo, boitsoaro ba bona bo atisa ho feto-fetoha—ka nako e
ˇ
’ngoe ba itsoara joaloka batho ba baholo kapa joaloka bana. U ka
ˇ
etsa’ng ha u hlokomela hore ngoana oa hao o itsoara ka tsela ee
ˇ
—haholo-holo haeba ka nako e ’ngoe a itsoara joaloka ngoana?
Qoba ho mo omanya kapa ho phehisana khang le eena. Ho
e-na le hoo, buisana le eena joalokaha eka ke motho e moholo.
(1 Bakorinthe 13:11) Ka mohlala, haeba mocha a qala ho bua
joaloka ngoana ’me a re, “Ke hobane’ng ha u lula u nkomanya?”
u ka ’na ua utloa hore u mo halefele. Empa ha u etsa joalo, u tla
sitoa ho laola puisano ’me mohlomong u ngangisane le eena. Ka
lehlakoreng le leng, u ka ’na ua re: “Ke bona eka u halefile haholo. Ke nahana hore re buisane ka taba ena hamorao, ha u se u
ˇ
khobile matsoafo.” Ha u etsa joalo, u khona ho laola puisano. Joale u butse mocha oa hore le tle le buisane, ho e-na le hore le ngangisane.
296 bacha baa botsa
MELAO
Sehlomathiso 297
MELAO
Na ke lokela ho tsitlella hore
ngoana a fihle lapeng ka nako e itseng?
E le ho u thusa ho araba potso eo, ak’u nahane u le boemong
bona: Mora oa hao o fihla lapeng metsotso e 30 ka mor’a nako
eo u mo behetseng eona, ’me u utloa lemati le buleha butle. Ka
pelong u re, ‘Kea kholoa o nahana hore ke robetse.’ Leha ho le
joalo, ha ua robala. Ha e le hantle, esale u
lutse monyako ho tloha nakong eo a neng a
SHEBA KHAOLO EA 3
BUKENG EA 1 LE
lokela ho fihla ka eona lapeng. Joale lemati
KHAOLO EA 22
le bulehile ka ho feletseng ’me mora oa hao
BUKENG EA 2
oa u bona. U tla re’ng? U tla etsa’ng?
Ho na le lintho tse peli tseo u ka khethang ho li etsa. U ka
nka taba ena habobebe. Ua re ka pelong: ‘Ngoana e tla lula e
le ngoana.’ Kapa u ka ’na ua feteletsa taba eaba u re, “U qetetse ho tsamaea!” Ho e-na le hore u nkoe ke pelo, mamela pele,
mohlomong ho na le lebaka le utloahalang la hore ebe o liehile ho fihla. Joale u ka sebelisa taba ena ea hore o fihlile ka
mor’a nako eo u mo behetseng eona ho mo ruta thuto ea bohlokoa. Joang?
Tlhahiso: Bolella ngoana hore le tla bua ka taba eo hosasa.
ˇ
Joale ka nako e loketseng, lula fatse le eena ’me u mo bolelle
hore na u tla sebetsa taba eo joang. Batsoali ba bang ba lekile
ho etsa se latelang: Haeba mora kapa morali oa bona a fihla ka
mor’a nako, lekhetlong le latelang ha a tsamaea, ba mo bolella
hore a khutle metsotso e 30 pele ho nako eo ka tloaelo a e behetsoeng. Empa haeba mora kapa morali a tloaetse ho fihla laˇ
ˇ
peng ka nako ’me a bontsa hore a ka tseptjoa, ka linako tse
MELAO
ling u ka ’na ua nahana ho mo fa bolokolohi bo eketsehileng,
ua ba ua chechisa nako eo u mo behetseng ho fihla ka eona lapeng. Ke habohlokoa hore ngoana a tsebe hantle hore na o lokela ho ba lapeng neng le hore na liphello e tla ba life haeba a
sa fihle ka nako eo a e behetsoeng. Joale tiisa hore u etsa seo
u itseng u tla se etsa haeba a sa mamele.
Empa hlokomela hore Bibele e re: “Ho ba le kahlolo e mo¯
lemo ha lona ho ke ho tsejoe.” (Bafilipi 4:5) Pele u behela ngoana nako ea hore na a fihle neng lapeng, u ka ’na ua fumana ho
le molemo ho buisana le eena ka taba ena, u mo lumelle hore
a fane ka tlhahiso ea hore na a ka rata ho beheloa nako efe,
¯
’me a fane ka mabaka a seo. Nahana ka hloko ka seo a se koˇ
pang. Haeba ngoana a bontsitse hore o na le boikarabelo, u ka
¯
’na ua lumela seo a se kopang haeba se utloahala.
Ho fihla ka nako ke ntho ea bohlokoa bophelong. Ka hona,
ho behela ngoana nako ea ho fihla lapeng hase feela taba ea
ho mo sireletsa. Ke ho mo fa lefa le tla mo tsoela molemo hamorao ha a se a tlohile lapeng.—Liproverbia 22:6.
Nka etsa’ng haeba ke qabana le bana ba ka ka liaparo?
Nahana ka boemo bo boletsoeng leqepheng la 77 bukeng
ena. Nka hore Heather ke morali oa hao. Ua hlokomela hore ho
ˇ
tsoana le ha a sa apara—’mele oohle o ka ntle. Hang ha u mo
bona, u re: “Khutlela ka kamoreng u e’o chencha ausinyana,
ho seng joalo ha ho moo u eang teng!” A ka ’na a etsa seo u
mo bolellang sona. Etsoe morali oa hao ha
SHEBA KHAOLO EA 11
a na boikhethelo haese hore a etse seo u
BUKENG EA 1
mo bolellang sona. Empa u ka etsa’ng ho
mo ruta hore a fetole tsela eo a nahanang ka eona, eseng feela eo a aparang ka eona?
˘ Ntlha ea pele, hopola hore ngoana oa hao o lokela ho
ameha ka liphello tse ka tlisoang ke ho apara ka tsela e sa hlompheheng, mohlomong o lokela ho ameha ka seo le ho u feta.
Botebong ba pelo, ngoana ha a batle ho bonahala eka ke lekoala kapa hona ho ipitsetsa mahlo ho sa hlokahale. Ka mame298 bacha baa botsa
ˇ
llo, mo bontse hore ho apara ka tsela e sa hlompheheng ho tlosa motho seriti ’me u mo hlalosetse lebaka la seo.1 Mo eletse
hore na a ka apara eng.
˘ Ntlha ea bobeli, e-ba le kahlolo e molemo. Ipotse, ‘Na
seaparo see se khahlanong le molao-motheo oa Bibele, kapa e
mpa e le feela hore ha ke se rate?’ (2 Bakorinthe 1:24; 1 Timothea 2:9, 10) Haeba ke feela taba ea hore ha u se rate, na u
ka mo lumella hore a se apare?
˘ Ntlha ea boraro, u se ke ua bolella ngoana feela hore liaparo tse itseng ha li amohelehe. Mo thuse hore a fumane tse
amohelehang. Re u khothalletsa hore u sebelise lintlha tse leqepheng la 82 le la 83 bukeng ena hore u behelane mabaka
le eena. Seo se tla ba molemo haholo!
1 Ngoana oa hao o amehile haholo ka ponahalo ea hae, kahoo e-ba hlokolosi hore u se
ke ua fana ka maikutlo a hore ho na le ho hong ho phoso ka eena ’meleng.
Sehlomathiso 299
MELAO
Na ke lokela ho lumella ngoana oa
ka hore a bapale lipapali tsa elektronike?
¯
Lipapali tsa elektronike li fapane hole le kamoo li neng li le
kateng ha u sa le mocha. U le motsoali, u ka thusa ngoana oa
hao joang hore a hlokomele likotsi tse ka
SHEBA KHAOLO EA 30
’nang tsa hlaha ’me a li qobe?
BUKENG EA 2
Ho ke ke ha thusa hakaalo ho nyatsa liˇ
papali tsohle tsa elektronike kapa ho tsitlella hore ke tsenyo ea
nako feela. Hopola hore hase lipapali tsohle tse fosahetseng.
Empa motho a ka li lemalla. Kahoo, hlahloba nako eo ngoana
a e qetang a li bapala. Hape u lokela ho hlahloba hore na ke lipapali tsa mofuta ofe tseo a bonahalang a li thahasella. U ka
ba ua mo botsa lipotso tse kang tsena:
˘ Liithuti-’moho le uena li rata papali efe haholo?
˘ Ho etsahala’ng papaling eo?
˘ U nahana hore ke hobane’ng ha e ratoa hakaale?
U ka ’na ua fumana hore ngoana oa hao o tseba haholo ka
MELAO
lipapali tsa elektronike ho feta kamoo u nahanang kateng! Mohlomong o bile o bapetse lipapali tseo u nahanang hore lia belaetsa. Haeba ho joalo, u se ke ua halefa. Ona ke monyetla oa
ho mo thusa hore a be le matla a ho lemoha.—Baheberu 5:14.
Botsa ngoana lipotso tse tla mo thusa ho lemoha hore na
ke hobane’ng ha a rata lipapali tse belaetsang. Ka mohlala, u
ka mo botsa potso e kang ena:
˘ Na u ikutloa u le mokhelo hobane u sa lumelloe ho bapala papali eo?
Bacha ba bang ba ka ’na ba bapala papali e itseng e le hore
ba tle ba be le seo ba ka qoqang le lithaka tsa bona ka sona.
Haeba ho joalo ka ngoana oa hao, mohlomong u ne u ke ke
ua buisana le eena ka tsela eo u neng u tla buisana le eena
ka eona haeba u ne u hlokometse hore o rata lipapali tse boˇ
ˇ
ntsang pefo e sisimosang kapa boitsoaro ba ho kopanela liphate.—Bakolose 4:6.
Empa u lokela ho etsa’ng haeba ngoana oa hao a khahliloe
ke liketso tse fosahetseng papaling eo? Bacha ba bang ba ka
ˇ
’na ba potlakela ho re bona ha ba angoe ke tsollo ea mali e boˇ
ntsoang lipapaling tsa k’homphieutha. Ba re, ‘Ha ho bolele hore
seo ke se etsang k’homphieutheng, ke tla se etsa bophelong.’
ˇ
Haeba ngoana a nahana joalo, mo bontse Pesaleme ea 11:5.
ˇ
Joalokaha temana eo e bontsa ka ho hlaka, hase feela ho ba
mabifi ho etsang hore motho a se ke a amoheloa ke Molimo,
empa ho rata pefo le hona ho etsa hore Molimo a se ke a mo
ˇ
amohela. Molao-motheo ona oa sebetsa le tabeng ea boitsoaro
bo bobe ba ho kopanela liphate kapa liketso leha e le life tseo
Lentsoe la Molimo le li nyatsang.—Pesaleme ea 97:10.
Haeba lipapali tsa elektronike li bakela ngoana bothata bo
itseng, leka ho sebelisa litlhahiso tse latelang:
˘ U se ke ua mo lumella ho bapalla lipapali tsa elektronike
sebakeng se poteletseng, se kang ka kamoreng.
˘ Beha melao—ka mohlala, u ke ke ua bapala pele u qeta
mosebetsi oa hao oa sekolo kapa u ja lijo tsa mantsiboea kapa
pele u phetha mosebetsi o itseng oa bohlokoa.
300 bacha baa botsa
ˇ
˘ Bontsa bohlokoa ba ho etsa lintho tse ling tse thapollang
’mele.
˘ Shebella bana ba hao ha ba bapala lipapali tsa elektronike—kapa ho molemo le ho feta, li bapale le bona ka linako tse
ling.
E le hore u thuse bana ba hao tabeng ea boithabiso, ho hlakile hore u lokela ho ba behela mohlala o motle. Kahoo ipotse,
‘Ke shebella mananeo a joang a thelevishene le lifilimi?’ U se
ke ua ithetsa—haeba u etsa se fapaneng le seo u se buang,
bana ba hao ba tla hlokomela seo!
Sehlomathiso 301
MELAO
Ke lokela ho etsa’ng haeba ngoana oa ka a
lemaletse selefouno, k’homphieutha, kapa
mecha e meng ea phatlalatso ea elektronike?
Na ngoana oa hao ea lilemong tsa bocha o qeta nako e
ngata haholo a sebelisa Inthanete, o romela le ho romelloa melaetsa e mengata haholo ea selefouno, kapa o qeta nako e ngata haholo a mametse MP3 ho feta eo a e qetang a e-na le
uena? Haeba ho joalo, u ka etsa’ng?
Ntho e ’ngoe eo u ka e etsang e ka ba ho mo amoha sesebelisoa seo. Empa u se ke ua nka hore mecha eohle ea phatlalatso ea elektronike e fosahetse. Etsoe, moSHEBA KHAOLO EA 36
hlomong le uena u sebelisa mocha o itseng
BUKENG EA 1
oa phatlalatso oa elektronike oo batsoali ba
hao ba neng ba se na oona. Kahoo, ho e-na le hore u amohe
mocha sesebelisoa seo—ntle le haeba ho e-na le mabaka a u
tlamang hore u etse joalo—ke hobane’ng ha u sa nke oo e le
monyetla oa hore u koetlise mora kapa morali oa hao ho sebelisa mecha ea phatlalatso ea elektronike ka tsela e bohlale le
e loketseng? U ka etsa see joang?
ˇ
Lula fatse ’me u buisane le mocha ka taba eo. Ntlha ea
ˇ
pele, mo bolelle seo u tsoenyehileng ka sona. Ntlha ea bobeli,
mo mamele ha a bua. (Liproverbia 18:13) Ntlha ea boraro, buisanang ka hore na le ka rarolla bothata boo joang. U se ke ua
ˇ
tsaba ho mo behela lithibelo tse tiileng, empa le teng u be le
kahlolo e molemo. Mocha e mong ea bitsoang Ellen o re: “Ha
ke ne ke e-na le bothata ba ho lula ke romela melaetsa ka selefouno, batsoali ba ka ha baa ka ba nkamoha eona; empa ba
ile ba mpehela melao. Tsela eo batsoali ba ka ba entseng lintho
ka eona e nthusitse hore ke romele melaetsa ea selefouno ka
tsela e leka-lekaneng, esita le ha ba sa mpone.”
U ka etsa’ng haeba mora kapa morali oa hao a leka ho ikemela? U se ke ua etsa qeto ea hore u ntse u hamela letanteng.
Ho e-na le hoo, e-ba le mamello ’me u fe mocha nako ea hore
a nahane ka taba eo. E ka ’na eaba o se a ntse a lumellana le
uena ’me o tla ntlafatsa moo ho hlokahalang. Bacha ba bangata ba ikutloa joaloka mocha e mong ea bitsoang Hailey, ea reng:
“Qalong, ke ile ka halefa ha batsoali ba ka ba mpolella hore
ke lemaletse k’homphieutha. Empa hamorao, ha ke nahana ka
taba eo, ka elelloa hore ba nepile.”
BOLOKOLOHI
Ke lokela ho fa ngoana oa ka bolokolohi bo bokae?
Ho ka ’na ha bonahala ho le boima ho araba potso eo ha u
ˇ
nahana ka taba ea ho ba boinotsing. Ka mohlala, u lokela ho
etsa’ng haeba mora a le ka kamoreng, a koetse monyako? Na
302 bacha baa botsa
Sehlomathiso 303
BOLOKOLOHI
ˇ
u lokela ho itsohlometsa feela u sa kokota? Kapa u lokela ho
etsa’ng haeba morali a siile selefouno ha a potlakela sekolong?
Na u lokela ho bala melaetsa e fonong ea
SHEBA KHAOLO EA 3
hae?
LE EA 15 BUKENG EA 1
Ha ho bonolo ho araba lipotso tsena.
ˇ
Kaha u motsoali, u tsoanela ho tseba se etsahalang bophelong
ba mocha ’me u na le boikarabelo ba ho mo sireletsa. Empa u
ˇ
ke ke ua lula u ‘oka-okela’ ngoana u sa mo tsepe ’me u katile
ˇ
ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e etsang. U ka bontsa ho leka-lekana joang tabeng ee?
Ntlha ea pele, hlokomela hore takatso ea mocha ea ho
ˇ
ba boinotsing hase kamehla e bolelang hore ho na le ntho e
itseng e mpe eo a e etsang. Hangata seo ke karolo ea ho
¯
ˇ
hola. Ho ba boinotsing ho thusa bacha ‘hore ba inonye’ ha ba
ntse ba theha setsoalle ba bile ba leka ho rarolla mathata, ba
sebelisa ‘matla a bona a ho nahana.’ (Baroma 12:1, 2) Ho ba
¯
ˇ
thusa ho holisa matla a bona a ho nahana—e leng tsobotsi
ea bohlokoa e tla ba nolofalletsa hore e be batho ba baholo
ba nang le boikarabelo. Ho boetse ho ba fa monyetla oa ho
thuisa pele ba etsa liqeto kapa ba araba lipotso tse thata.—Liproverbia 15:28.
Ea bobeli, ela hloko hore ha u leka ho laola ntho e ’ngoe le
e ’ngoe eo mocha a e etsang bophelong, seo se ka ’na sa mo
halefisa le ho mo etsa lerabele. (Baefese 6:4; Bakolose 3:21)
Na see se bolela hore u lokela ho mo tlohela feela? Che, u ntse
u le motsoali. Empa sepheo ke hore ngoana a be le letsoalo
le koetlisitsoeng. (Deuteronoma 6:6, 7; Liproverbia 22:6) Qetellong, ho mo tataisa ho molemo ho feta ho lula u mo katile.
Ea boraro, buisana le mocha ka taba ena. Mo mamele ha a
ˇ
hlalosa lintho tse mo tsoenyang. Na mohlomong u ka ’na ua tenyetseha ka linako tse ling? Bolella mocha hore u tla mo fa
ˇ
nako e itseng ea ho ba boinotsing, hafeela a ke ke a u phoqa.
Mo hlalosetse hore na ho tla etsahala’ng ha a sa mamele, ’me
u phethahatse seo ha ho hlokahala. Kholiseha hore u ka fa moˇ
cha nako ea ho ba boinotsing, empa u sa nyahlatse boikarabelo ba hao ba ho ba motsoali ea tsotellang.
BOLOKOLOHI
Ngoana oa ka o lokela
ho tlohela sekolo neng?
“Matichere a ka aa bora!” “Ke fuoa mosebetsi o mongata
haholo oa sekolo!” “Ke thatafalloa ho pasa lithuto tsa ka—ke
ˇ
sa itsoenyetsa’ng?” Mathata a kang ana a etsa hore bacha ba
bang ba batle ho tlohela sekolo pele ba fuSHEBA KHAOLO EA 19
mana tsebo eo ba tla e hloka hore ba ipheBUKENG EA 1
lise. Haeba mora kapa morali oa hao a batla ho tlohela sekolo, u ka etsa’ng? Leka ho sebelisa litlhahiso
tse latelang:
˘ Hlahloba boikutlo boo u nang le bona ka thuto. Na u ne
ˇ
u nka hore ho kena sekolo ke tsenyo ea nako—ke ‘chankana’
eo u tlamehang ho e mamella ho fihlela mohla u ka etsang lintho tse ling tse thahasellisang? Haeba ho joalo, bana ba hao
ˇ
ˇ
ba ka ’na ba bontsa boikutlo bo tsoanang ka thuto. ’Nete ke
hore ho ba le thuto e lekaneng ho tla ba thusa hore ba fumane
ˇ
“bohlale bo sebetsang le matla a ho nahana”—e leng litsobotsi
tse tla ba thusa hore ba finyelle lintho tseo ba li batlang bophelong.—Liproverbia 3:21.
˘ Ba fe lithulusi. Bana ba bang ba ka pasang hantle ba
mpa ba sa tsebe mokhoa oa ho ithuta—kapa ba hloka sebaka
se loketseng seo ba ka ithutelang ho sona. Sebaka se loketseng sa ho ithuta se ka ’na sa akarelletsa ho ba le deske e makhethe, moo ho nang le khanya e lekaneng le lintho tsa ho
etsa lipatlisiso. U ka thusa ngoana hore a hatele-pele—ebang ke
moeeng kapa likarolong tse ling tsa bophelo—ka ho mo lokisetsa sebaka se loketseng e le hore a ka nahanisisa ka lintho tse
ncha tseo a ithutang tsona.—Bapisa le 1 Timothea 4:15.
˘ Kenya letsoho. Talima matichere le baeletsi e le bathusi,
eseng lira. Kopana le ’ona. A tsebe ka mabitso. Buisana le ’ona
ka lintho tseo ngoana a batlang ho li finyella le mathata ao a tobanang le ’ona. Haeba ngoana a sa pase hantle, leka ho fumana hore na bothata bo hokae. Ka mohlala, na o nahana hore ha
a ka sebetsa hantle sekolong, o tla tlokoa ke bana ba bang?
Na ke tichere e nang le bothata? Na o thatafalloa ke lithuto
304 bacha baa botsa
tseo a li etsang? Lintho tseo ngoana a ithutang tsona sekolong
li lokela ho mo thusa hore a ntlafatse bokhoni ba hae, eseng
hore li mo sithabetse. Kapa mohlomong: Na o na le bothata
bo itseng ’meleng, bo kang ba ho se bone hantle kapa ba ho
ithuta?
Haeba u kenya letsoho haholoanyane koetlisong ea ngoana,
ebang ke litabeng tsa moea kapa likarolong tse ling tsa bophelo, seo se tla mo thusa hore a atlehe.—Pesaleme ea 127:4, 5.
Sehlomathiso 305
BOLOKOLOHI
Nka tseba joang haeba ngoana
oa ka o se a loketse ho tloha lapeng?
Serena eo ho qotsitsoeng mantsoe a hae Khaolong ea 7
ˇ
bukeng ena, o tsaba ho tloha lapeng. Ebe lebaka le leng ke
lefe? O re: “Le ha ke batla ho ithekela ntho
SHEBA KHAOLO EA 7
e itseng ka chelete ea ka, Ntate oa hana. O
BUKENG EA 1
re boo ke boikarabelo ba hae. Kahoo, taba
ˇ
ea hore ke tla tlameha ho lefella likoloto ea ntsosa.” Ha ho pelaelo hore ntate oa Serena o etsa seo ka sepheo se setle, empa
na u nahana hore o thusa morali oa hae ho itokisetsa hore a tle
a lule a le mong?—Liproverbia 31:10, 18, 27.
Na u sirelelitse bana ba hao ho feta tekano hoo ba seng
boemong ba hore ba ka lula ba le bang? U ka tseba see joang?
`
Nahana ka lintlha tse ’ne tse boletsoeng Khaolong ea 7 tlas’a
sehloohoana se reng “Na ke se ke Itokisitse?”—empa u nahane ka tsona joaloka motsoali.
¯
Ho sebelisa chelete. Na bana ba hao ba seng ba holile ba
tseba ho tlatsa lipampiri tsa lekhetho kapa ba tseba seo ba
lokelang ho se etsa e le hore ba boloke melao ea lekhetho?
(Baroma 13:7) Na ba tseba ho sebelisa mokitlane ka tsela e
ˇ
bontsang boikarabelo? (Liproverbia 22:7) Na ba ka iketsetsa
ˇ
moralo oa tsebeliso ea chelete ’me ba phela ka chelete eo ba
nang le eona? (Luka 14:28-30) Na ba tseba thabo e tlisoang ke
ho ithekela ntho ka chelete eo ba e sebelelitseng? Na ba latsoitse thabo e fetang eo, e tlisoang ke ho fana ka nako ea bona
le matlotlo a bona e le hore ba thuse ba bang?—Liketso 20:35.
BOLOKOLOHI
Ho tseba mesebetsi ea lapeng. Na bara le barali ba hao ba
tseba ho pheha? Na u ba rutile ho hlatsoa le ho aena? Haeba
ba tseba ho khanna, na ba ka etsa lintho tse bonolo joaloka ho
chencha fuse, oli kapa thaere ’me ba etsa seo ka tsela e sireletsehileng?
¯
Ho phelisana hantle le batho. Na ha bana ba seng ba holile ba qabana, kamehla u ba moahloli, u ba qobella ho rarolla
bothata ka tsela e itseng? Kapa na u ba rutile hore ba rarolle
mathata ka khotso ba ntan’o u bolella hore na ba fihletse qeto
efe?—Matheu 5:23-25.
Kemiso ea lintho tsa moea. Na u bolella bana seo ba lokelang ho se lumela kapa ua ba susumetsa? (2 Timothea 3:14,
15) Ho e-na le ho lula u arabela lipotso tseo ba li botsang taˇ
beng ea bolumeli le ea boitsoaro, na u ba ruta hore ba hlaolele “matla a ho nahana”? (Liproverbia 1:4) Na u ka rata hore ba
etsise tsela eo u ithutang Bibele ka eona, kapa u ka rata hore
ba etse ho hong ho molemo ho feta?1
Ha ho pelaelo hore ho koetlisa bana lintlheng tse boletsoeng ka holimo ho nka nako ebile ho hloka boiteko bo matla.
Empa le hoja u ka ’na ua utloa bohloko ha ba tloha lapeng, u
tla thaba hore ebe u entse boiteko boo.
1 Sheba leqephe la 315-318.
306 bacha baa botsa
ˇ
BOITSOARO
Sehlomathiso 307
ˇ
BOITSOARO
Na ke lokela ho buisana le ngoana
oa ka ka taba ea ho kopanela liphate?
Bana ba bolelloa ka thobalano ba sa le banyenyane haholo.
Bibele e ile ea bolela nako e telele esale pele hore ‘matsatsi a ho
ˇ
qetela’ a ne a tla tsoauoa ka “linako tse mahlonoko tseo ho leng
thata ho sebetsana le tsona,” ’me batho e ne e tla ba “ba hlokang
ˇ
boitsoaro” le “ba ratang menyaka ho e-na le ho rata Molimo.”
(2 Timothea 3:1, 3, 4) Mokhoa oa ho itlosa bolutu ka ho kopaneˇ
la liphate ke o mong oa matsoao a maˇ
ngata a bontsang hore boprofeta boo
SHEBA KHAOLO EA 23, 25,
LE EA 32 BUKENG EA 1 LE
boa phethahala.
KHAOLO EA 4-6 LE EA 28
¯
LE EA 29 BUKENG EA 2
Kajeno bophelo bo fapane hole le
kamoo bo neng bo le kateng ha u
¯
ˇ
ntse u hola. Leha ho le joalo, mathata ’ona aa tsoana. Ka leˇ
ˇ
baka leo, u se ke ua tsieleha kapa ua tsosoa ke tsusumetso e
mpe eo bana ba hao ba tobaneng le eona. Ho e-na le hoo, ikemisetse ho ba thusa hore ba etse seo moapostola Pauluse a
ileng a se khothalletsa Bakreste lilemong tse ka bang 2 000
tse fetileng, ha a ne a re: “Aparang lihlomo tse feletseng tsa
ntoa tse tsoang ho Molimo e le hore le ka khona ho ema le tiile khahlanong le maqiti a Diabolose.” (Baefese 6:11) Ke ’nete
hore bacha ba bangata ba Bakreste ba etsa boiteko bo babatsehang ba ho loanela ho etsa se nepahetseng ho sa tsotelleˇ
he tsusumetso e mpe eo ba tobanang le eona. U ka thusa
ˇ
bana ba hao joang hore ba etse se tsoanang?
Tsela e ’ngoe ke ka ho qalisa puisano u sebelisa boitsebiso
boo u bo nkileng likhaolong tse Karolong ea 4 ea buka ena le tse
Karolong ea 1 le ea 7 Bukeng ea 2. Likhaolong tseo ho na le litemana tse thusang motho hore a nahane ka ho teba. Ho tse ling
ho na le mehlala ea batho ba ileng ba emela se nepahetseng ’me
ba hlohonolofatsoa, ha ho tse ling ho na le mehlala ea ba ileng ba
iphapanyetsa melao ea Molimo eaba ba khola litholoana tse babang. Litemaneng tse ling ho na le melao-motheo e ka thusang
bana hore ba hlokomele kamoo uena hammoho le bona, le nang
¯ ¯
le tlotla e kholo kateng ea ho phela ka melao ea Molimo. Ke hobane’ng ha u sa lokisetse hore haufinyane le hlahlobe boitsebiso
boo hammoho?
ˇ
BOITSOARO
Na ke lokela ho lumella
ˇ
ngoana oa ka hore a qale ho intsa?
ˇ
Joang kapa joang, taba ea ho intsa e tla ama bana ba hao
neng-neng bophelong. Phillip o re: “Ha ho hlokahale le hore
ke etse letho! Banana ke bona ba mpherehang, ebe ke sala
ke ipotsa, ‘Joale ha ho le tjee ke etse’ng?’
SHEBA KHAOLO EA 1-3
Ho thata ho ba hana, hobane ba bang ba
BUKENG EA 2
bona ba batle haholo!”
Ntho e molemo eo uena joaloka motsoali u ka e etsang ke
hore u bue le ngoana oa hao ea lilemong tsa bocha ka taba ea
ˇ
ho intsa, mohlomong u sebelisa boitsebiso bo Khaolong ea 1
Bukeng ea 2 e le motheo oa puisano. Botsa mora kapa morali
oa hao hore na o ikutloa joang ka phephetso eo a tobanang le
eona sekolong kapa esita le ka phuthehong ea Bokreste. Ka linako tse ling u ka buisana le ngoana ka taba ena le iqoqela
feela, joaloka “ha u lutse ka tlung ea hao le ha u tsamaea tseleng.” (Deuteronoma 6:6, 7) Ho sa tsotellehe hore na boemo ke
bofe, hopola hore u lokela ‘ho potlakela ho utloa, u liehe ho
bua.’—Jakobo 1:19.
ˇ
Haeba mora kapa morali oa hao a bontsa hore o rata moˇ
tho ea itseng, u se ke ua tsoha. Ngoanana e mong o re: “Ha
Ntate a utloa hore ke na le mohlankana, o ile a loloma ke boˇ
hale! O ile a leka ho ntsosa ka ho mpotsa lipotso tse ngata, tse
kang hore na ke se ke loketse ho nyaloa—e leng lipotso tseo ha
308 bacha baa botsa
Sehlomathiso 309
ˇ
BOITSOARO
u sa le monyenyane, li ka etsang hore u batle ho lelefatsa nako
ˇ
ea lefereho moo u batlang ho bontsa batsoali ba hao hore ba
fositse!”
ˇ
Haeba ngoana oa hao a tseba hore taba ea ho intsa hase
eo a ka lorang a buile ka eona ho uena, ho ka ’na ha hlaha kotsi—a ka ’na a ratana ka sekhukhu. Ngoanana e mong o re: “Ha
batsoali ba halefa, sena se etsa hore bana ba pate hore baa ratana. Ha ba khaotse. Ba ba manere.”
ˇ
Ho ka ba molemo hore u buisane le ngoana ka botsepehi.
Brittany ea lilemo li 20 o re: “Batsoali ba ka ba ’nile ba ipuela
ˇ
ka bolokolohi le ’na ka litaba tsa ho intsa. Ke habohlokoa hore
ba tsebe motho ea nkhahlileng, ’me ke nka hore eo ke ntho e
ntle! Ka mor’a moo, Ntate o tla buisana le eena. Haeba ho e-na
le lintho tseo ba amehileng ka tsona, batsoali ba ka baa mpolella. Hangata ke etsa qeto ea ho khaotsa hona hoo, le pele re
ka qala ho ratana.”
Ka mor’a hore u bale Khaolo ea 2 Bukeng ea 2, u ka ’na ua
ipotsa, ‘Na mora kapa morali oa ka a ka mpatela hore oa ratana?’ Ela hloko mabaka ao bacha ba ’maloa ba reng a etsa hore
ba kene molekong oa ho ratana ka sekhukhu, ebe joale u nahana ka lipotso tse botsitsoeng ka mor’a moo.
ˇ
“Bana ba bang ha ba fumane tsehetso lapeng, ka lebaka
ˇ
leo ba itsetleha ka bahlankana kapa likharebe tsa bona
ˇ
hore ebe bona ba ba tsehetsang.”—Wendy.
Joaloka motsoali, u ka etsa’ng ho tiisa hore bana ba hao ba
khotsofatsoa maikutlong ka tsela e loketseng? Na ho na le moo
u ka ntlafatsang teng tabeng ee? Haeba ho joalo, ke lintlheng
life?
“Ha ke le lilemo li 14, moshanyana e mong ea neng a
tlile naheng ea heso tlas’a lenaneo la phapanyetsano ea
liithuti o ile a mphereha. Ke ile ka mo lumela. Ke ne ke
nahana hore ho tla ba monate hore ke be le mohlankana
ˇ
ea ntsoarang.”—Diane.
Haeba Diane e ne e le morali oa hao, u ne u tla buisana le
eena joang ka taba ee?
ˇ
BOITSOARO
“Liselefouno li nolofalletsa bana hore ba ratane ka sekhukhu. Batsoali ha ba tsebe letho ka se etsahalang!”
—Annette.
Ke mehato efe eo u ka e nkang ho sireletsa bana ba hao ha
ba sebelisa liselefouno?
“Ho ka ba bonolo hore bana ba ratane ka sekhukhu,
haeba batsoali ba sa ele hloko hore na ba etsa eng le
hona ba e etsa le bo-mang.”—Thomas.
Na ho na le litsela tseo ka tsona u ka tsebang haholoanyane lintho tse etsahalang bophelong ba mora kapa morali oa
hao, empa u ntse u mo fa bolokolohi bo loketseng?
“Hangata batsoali ha ba be lapeng ka nako eo bana
ˇ
ba leng teng. Kapa ba tsepa bana hoo ba ba lumellang
ho itsamaela le batho ba bang.”—Nicholas.
Ak’u nahane ka motsoalle oa ngoana oa hao oa hlooho ea
khomo. Na u hlile ua tseba hore na ba etsa’ng ha ba le ’moho?
“Bana ba ka ratana ka sekhukhu haeba batsoali ba tiisa
letsoho ho feta tekano.”—Paul.
Le hoja u sa hlokomolohe melao le melao-motheo ea Bibele, u ka etsa’ng hore ‘ho ba le kahlolo e molemo ha hao ho tsejoe’?—Bafilipi 4:5.
ˇ
“Ha ke sa tsoa feta lilemo tse 12, ke ne ke ikhella fatse
’me ke batla ho ratoa. Ke ile ka qala ho ngolla moshanyana e mong oa phutheho e haufi le ea heso ka Inthanete
eaba rea ratana. O ne a nketsa hore ke ikutloe ke le motho oa bohlokoa.”—Linda.
U nahana hore litlhoko tsa Linda li ne li ka khotsofatsoa ka
litsela life tse molemo lapeng?
Ke hobane’ng ha u sa sebelise boitsebiso bo Khaolong ea 2
ˇ
Bukeng ea 2 hammoho le bo Sehlomathisong see ho tsohla
taba ee le mora kapa morali oa hao? Tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho etsa hore ngoana a se ke a u patela lintho ke hore u
buisane le eena ka bolokolohi le ka ho toba.—Liproverbia 20:5.
310 bacha baa botsa
LITABA TSA
MAIKUTLO
Sehlomathiso 311
LITABA TSA MAIKUTLO
Ke lokela ho etsa’ng haeba
ngoana oa ka a bua ka ho ipolaea?
Linaheng tse ling, palo ea bacha ba ipolaeang e holimo ka
ˇ
tsela e tsoenyang. Ka mohlala, United States, ho ipolaea ke
sesosa sa boraro ho tse itlhommeng pele bacheng ba shoang
ba le lilemo li 15 ho isa ho 25, ’me lileSHEBA KHAOLO EA 13
mong tse 20 tse fetileng lenane la ba ipoLE EA 14 BUKENG EA 1
laeang ba le lilemo li 10 ho isa ho 14 le
LE KHAOLO EA 26
BUKENG EA 2
imenne habeli. Bacha ba kotsing haholo
ke ba nang le bokuli bo itseng ba kelello,
bao litho tse ling tsa malapa abo bona li ipolaileng le ba kileng
ˇ
ba leka ho ipolaea. Matsoao a lemosang hore e ka ’na eaba
mocha o nahana ho ipolaea a kopanyelletsa a latelang:
˘ Ho ikhula ho ba lelapa le metsoalle
˘ Ho ja le ho robala ka tsela e sa tloaelehang
˘ Ho felloa ke thahasello linthong tseo a neng a thabela
ho li etsa
˘ Ho fetoha ka tsela e hlokomelehang
˘ Ho sebelisa joala kapa lithethefatsi hampe
˘ Ho fana ka lintho tsa hae tsa bohlokoa
˘ Ho bua ka lefu kapa lintho tse ling tse amanang le lona
¯ ¯
Phoso e kholo ka ho fetisisa eo batsoali ba ka e etsang ke ho
ˇ
ˇ
iphapanyetsa matsoao a joalo a lemosang. Nka ka ho teba matsoao
’ohle a belaetsang. U se ke ua potlakela ho etsa qeto ea hore ngoana o mpa a rata ho etsa lintho tse makatsang, ’me seo se tla feta.
LITABA TSA MAIKUTLO
¯
Hape u se ke ua ba lihlong ho kopela mora kapa morali oa
hao thuso haeba a tepeletse maikutlo haholo kapa a na le bokuli bo itseng ba kelello. Haeba u belaella hore ngoana o nahana ho ipolaea, mo botse ka seo. Khopolo ea hore ho bua ka ho
ipolaea ho tla mo khothalletsa hore a ipolaee hase ’nete. Bacha ba bangata ba ikutloa ba imolohile ha batsoali ba bona ba
bua le bona ka taba ena. Kahoo, haeba ngoana a lumela hore
o nahana ho ipolaea, mo botse hore na o ne a rerile ho ipolaea
joang, le hore na o se a hatetse pele hakae morerong oo. Haeba a se a hatetse pele haholo, u lokela ho nka bohato kapele
ho mo thusa.
U se ke ua nahana hore ho tepella maikutlo ho tla iphella
ka bohona. Le haeba ho bonahala eka ngoana oa hlaphoheloa,
u se ke ua nahana hore bothata bo rarolohile. Ho e-na le hoo,
eo ke nako e kotsi ka ho fetisisa. Hobane’ng? Hobane mocha
ea neng a tepeletse maikutlo haholo e ka ’na eaba o ne a se
na matla a hore a ipolaee. Empa ha a hlaphoheloa a ka ’na a
ba le matla a lekaneng a ho phetha morero oa hae.
Ruri ho utloisa bohloko hore ebe bacha ba bang ba nahana
ˇ
ho ipolaea ka lebaka la ho nyahama. Ka ho ela hloko matsoao
le ho nka bohato bo loketseng, batsoali le batho ba bang ba baˇ
holo ba tsotellang ba ka ‘bua ka mokhoa o tselisang le meea e
ˇ
tepeletseng maikutlo’ ’me ba ba joaloka sebaka sa tsirelo ho
bacha bao.—1 Bathesalonika 5:14.
Na ke lokela ho patela
bana ba ka hore ke saretsoe?
Ho shoeloa ke molekane ke ntho e utloisang bohloko haholo.
Empa u etsahalloa ke sena nakong eo ngoana oa hao a hlokang
hore u mo thuse. U ka mo thusa joang hore a tobane le bohloko
ba ho shoeloa, empa u sa hlokomolohe taba ea hore le uena u
ntse u saretsoe? Leka ho sebelisa litlhahiso tse latelang:
˘ U se ke ua hatella maikutlo. Ngoana oa hao o ithutile lintho
tse ngata tsa bohlokoa bophelong ka ho sheba tsela eo u etsang
lintho ka eona. O tla ithuta ho tobana le bohloko ba ho shoeloa ka
312 bacha baa botsa
SHEBA KHAOLO EA 16
BUKENG EA 1
Nka thusa morali oa ka joang
hore a be le pono e loketseng ka lijo?
U ka etsa’ng haeba morali oa hao a e-na le bothata ba ho
ja?1 Ntlha ea pele, leka ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha a
khethile ho etsa seo.
ˇ
1 Molemong oa ho nolofatsa taba, re tla bua ka banana. Empa melao-motheo e tsohloang mona ea sebetsa le ho bashanyana.
Sehlomathiso 313
LITABA TSA MAIKUTLO
ho sheba seo u se etsang. Kahoo, u se ke ua nka hore u tlameha
ho itiisa e le ho patela ngoana hore u saretsoe. Sena se ka ’na sa
ˇ
mo ruta hore a u etsise. Empa haeba u bontsa hore u utloile boˇ
hloko, o tla ithuta hore ho molemo hore a ntse maikutlo ho e-na
le ho a hatella le hore ke ntho e tloaelehileng hore a ikutloe a saretsoe, a ferekane, kapa a bile a halefile.
˘ Khothalletsa ngoana hore a bue. Le hoja u sa mo qobelle
ho bua, mo khothalletse hore a hlalose tsela eo a ikutloang ka
ˇ
eona. Empa haeba a bonahala a le leqe, u ka ’na ua tsohla boitsebiso bo Khaolong ea 16 bukeng ena le eena. Hape, bua ka lintho
tse thabisang tseo u li hopolang ka molekane oa hao ea hlokahetseng. Mo bolelle kamoo lintho li tlil’o u thatafalla kateng. Ha a
utloa kamoo u hlalosang maikutlo a hao kateng, seo se tla mo
thusa hore a ithute ho u etsisa.
˘ Tseba moo matla a hao a fellang teng. Ka ho utloahalang,
ˇ
u batla ho tsehetsa ngoana oa hao ka hohle-hohle nakong ena e
bohloko. Empa u hopole hore lefu la molekane oa hao eo u mo ratang le u amme habohloko. Kahoo u ka ’na ua qeta nako u ikutloa
u nyahame, u khathetse kelellong le ’meleng. (Liproverbia 24:10)
¯
Ka hona, ho ka ’na ha hlokahala hore u kope litho tse ling tsa le¯
¯
lapa kapa metsoalle e holileng tsebong hore e u thuse. Ha u kopa
ˇ
¯
thuso u bontsa hore u holile tsebong. Liproverbia 11:2 e re: “Bohlale bo ho ba inyenyefatsang.”
Jehova Molimo ke eena ea ka u thusang ka tsela e molemo
ˇ
ka ho fetisisa, ’me o tsepisa barapeli ba hae: “ ’Na, Jehova Moliˇ
mo oa hao, ke u tsoara ka letsoho la hao le letona, ke ’na Ea reng
ˇ
ho uena, ‘U se ke ua tsoha. Ke tla u thusa.’ ”—Esaia 41:13.
LITABA TSA MAIKUTLO
Ho hlokometsoe hore batho ba bangata ba nang le bothata
ˇ
ba ho ja ba ikhella fatse ebile ke batho ba ratang hore lintho li
etsoe ka tsela e phethahetseng, ba ipehelang lipakane tse holimo. Netefatsa hore ha u tlatsetse tabeng ea hore ngoana oa
ˇ
hao a ikutloe joalo. Thusa morali oa hao hore a itsepe.—1 Bathesalonika 5:11.
Hape hlahlobisisa tsela eo u ikutloang ka eona ka lijo le ka
boima ba ’mele. Na mohlomong u sa hlokomele, u ’nile ua fetelletsa lintho tsee ka seo u se buang kapa seo u se etsang?
Hopola hore bacha ba nkela ponahalo holimo. Esita le ho soa¯
soa ka hore “ngoana ke poropotloana” kapa ka hore o hola joalokaha eka oa nosetsoa ho ka jala pherekano kelellong e susumetsehang habonolo
SHEBA KHAOLO EA 10
BUKENG EA 1 LE
ea mocha.
KHAOLO EA 7
BUKENG EA 2
Ha u se u nahanne ka taba ena le ho
rapela ka eona, buisana le morali oa hao
ka bolokolohi. Hore u etse seo, leka ho sebelisa litlhahiso tse latelang:
˘ Nahana ka hloko esale pele seo u tla se bua le hore na u
tla se bua neng.
˘ Mo hlalosetse ka ho hlaka seo u amehileng ka sona le
hore u lakatsa ho mo thusa.
ˇ
˘ U se ke ua makala haeba qalong a leka ho itsireletsa.
˘ Mo mamele u sa fele pelo.
ˇ
Habohlokoa le ho feta, tsehetsa morali oa hao ha a leka ho
ntlafatsa. Mo thuseng le le lelapa hore a hlaphoheloe!
314 bacha baa botsa
BOMOEA
Sehlomathiso 315
BOMOEA
Nka tsoela pele joang ho ruta bana
ba ka lintho tsa bohlokoa tsa moea ha ba
kena lilemong tsa bocha?
Bibele e re Timothea o ile a koetlisoa moeeng “ho tloha boseeng,” ’me joaloka motsoali, e ka ’na eaba le uena u koetlisitse
bana ba hao moeeng. (2 Timothea 3:15) Leha ho le joalo, ha
bana ba hao ba kena lilemong tsa bocha, ho
SHEBA KHAOLO EA 38
ka ’na ha hlokahala hore u ikamahanye le
BUKENG EA 1 LE
maemo a bona a macha ha u ba koetlisa.
KHAOLO EA 34-36
¯
BUKENG EA 2
Bana ba hao ba ntseng ba hola ba qala ho
utloisisa lintho tse thata le tse rarahaneng,
tseo ba neng ba sa li utloisise hantle ha ba sa le banyenyane.
Hona joale, ho feta leha e le neng pele u lokela ho susumetsa
‘matla a bona a ho nahana.’—Baroma 12:1.
Ha Pauluse a ne a ngolla Timothea, o ile a bua ka lintho tseo
Timothea ‘a neng a ithutile tsona le tseo a ileng a susumelletsoa
hore a li lumele.’ (2 Timothea 3:14) Joale ho ka ’na ha hlokahala
hore bana ba hao ‘ba susumeletsoe hore ba lumele’ linnete tsa
Bibele tseo ba li tsebileng ho tloha boseeng. E le hore u ba finyelle lipelo, ha ua lokela ho ba bolella feela seo ba lokelang ho se
etsa kapa ho se lumela. Ba lokela ho ithuta ka bobona. U ka ba
thusa joang? Qala ka ho ba fa monyetla o lekaneng oa hore ba
nahane ka lipotso tse latelang le ho bua ka tsona:
˘ Ke’ng e nkholisang hore Molimo o teng?—Baroma 1:20.
˘ Ke tseba joang hore seo batsoali ba ka ba nthutang sona
ka Bibeleng ke ’nete?—Liketso 17:11.
BOMOEA
˘ Ke’ng e nkholisang hore melao ea Bibele e molemong oa
ka?—Esaia 48:17, 18.
˘ Ke tseba joang hore boprofeta ba Bibele bo tla phethahala?—Joshua 23:14.
ˇ
˘ Ke’ng e nkholisang hore ha ho letho lefatseng lee le ka
bapisoang le “bohlokoa bo fetisisang ba tsebo ea Kreste
Jesu”?—Bafilipi 3:8.
˘ Sehlabelo sa thekollo sa Kreste se bolela’ng ho ’na?
—2 Bakorinthe 5:14, 15; Bagalata 2:20.
U ka ’na ua ba leqe ho khothalletsa bana ba hao hore ba
ˇ
nahane ka lipotso tse kang tsena, hobane u tsaba hore ba tla
ˇ
sitoa ho li araba. Empa haeba u etsa joalo, ho ka tsoana le ho
qeaqea ho sheba lenaka la peterole la koloi ea hao, hobane u
ˇ
ˇ
tsaba hore le tla u bontsa hore e felile. Haeba e felile, ho moleˇ
mo hore u tsebe seo nako e sa le teng! Ka tsela e tsoanang,
hona joale—ha bana ba hao ba ntse ba lula lapeng—ke nako ea
hore u ba thuse ho hlahloba lipotso tse amanang le tumelo ea
bona ’me u ‘ba susumelletse ho lumela.’1
Hopola hore ha ho letho le phoso ha mora kapa morali oa
hao a ipotsa potso e kang, “Ke hobane’ng ha ke lumela?” Diaˇ
ne ea lilemo li 22, o hopola a etsa se tsoanang ha a le lilemong
tsa bocha. O re: “Ke ne ke batla ho kholiseha ka seo ke se luˇ
melang. Ho ba le likarabo tse hlakileng le tse bontsang ho tiea,
ˇ
ho ile ha mpontsa hore ke rata ho ba Paki ea Jehova! Nako le
nako ha batho ba ne ba mpotsa ka ntho e itseng eo nke keng
ka e etsa, ho e-na le hore ke re ‘e khahlanong le bolumeli ba
ka,’ ke ne ke re, ‘ke nahana hore e fosahetse.’ Ka mantsoe a
mang, ke ile ka etsa hore seo Bibele se buang e be maikutlo a
ka.”
Tlhahiso: E le ho hlahloba matla a ngoana a ho nahana
mabapi le melao ea Bibele, e-re a nke hore ke motsoali ha ho
hlaha bothata bo itseng. Ka mohlala, a re re morali oa hao o
¯
u kopa ho ea phathing e itseng eo u tsebang (mohlomong le
1 Khaolo ea 36 Bukeng ea 2 e ka thusa bacha ho sebelisa matla a bona a ho nahana
e le hore ba kholisehe hore Molimo o teng.
316 bacha baa botsa
eena a tsebang) hore ha ea lokela. Ho e-na le hore u hane feela, u ka re: ‘A re nke hore boemong bona ke uena motsoali.
Ak’u nahane ka phathi eo u batlang ho ea ho eona, u etse lipatlisiso (mohlomong u shebe Khaolo ea 37 bukeng ena le Khaolo ea 32 Bukeng ea 2), ’me hosane u tle re tl’o buisana ka taba
¯
ena. ’Na ke tla ba ngoana, ke kope ho ea phathing eo, ’me
uena joaloka motsoali, u ka mpolella hore na ho loketse ho ea
phathing eo kapa che.’
SHEBA KHAOLO EA 39
BUKENG EA 1 LE
KHAOLO EA 37 LE EA 38
BUKENG EA 2
Le lokela ho hlokomela hore lintlha tse
kang tsena ha li amane hakaalo le lintho
Sehlomathiso 317
BOMOEA
¯
Re ka etsa’ng ha ngoana oa rona
a se a sa thahaselle lintho tsa moea?
Ntlha ea pele, le se ke la potlakela ho etsa qeto ea hore ngoa¯
na o lahlile tumelo ea lona. Maemong a mangata, ho na le lebaka la hore a etse joalo. Ka mohlala, e ka ’na eaba
ˇ
˘ O hatelloa ke lithaka ’me o tsaba ho ba mokhelo ka hore
ebe o latela melao-motheo ea Bibele
˘ O bona bacha ba bang (esita le banab’abo) ba ipabola
bophelong ba Bokreste ’me o nka hore a ke ke a khona
ho ba etsisa
˘ O labalabela ho ba le metsoalle, empa o jeoa ke bolutu
kapa o ikutloa e le mokhelo ha a e-na le balumeli-’moho
le eena
˘ O bona bacha ba bang ba “Bakreste” ba phela bophelo
ba boikaketsi
˘ O leka ho iphumana hore na ke motho oa mofuta ofe
’me seo se etsa hore a belaelle melao-motheo eo le e
nkang e le ea bohlokoa
˘ O bona liithuti-’moho le eena li etsa lintho tse fosahetseng ka bolokolohi empa ho sa bonahale eka li khola litholoana tse babang
˘ O leka ho khahla motsoali ea sa lumelang
BOMOEA
tseo le li lumelang. Empa li amana le maemo a etsang hore
mohlomong hajoale ngoana a thatafalloe ho etsa lintho tse boˇ
ntsang tumelo. Kahoo, le ka etsa’ng hore le mo khothatse?
¯
Mo lumelleng ka lintho tse itseng—empa le sa tlole melaomotheo. Lekang ho utloisisa lebaka leo ngoana a nyahameng
ka lona ’me le etse liphetoho tse itseng e le hore a be boemong
bo molemo boo ho bona a ka tsoelang pele hantle moeeng. (Liproverbia 16:20) Ka mohlala, boitsebiso bo lebokoseng le reng,
“Seo U ka se Etsang ha U Hatelloa ke Lithaka,” le leqepheng la
ˇ
132 le la 133 Bukeng ea 2, bo ka thusa ngoana hore a itsepe
ˇ
e le hore a se ke a tsaba ho buisana le liithuti-’moho le eena.
Kapa haeba a jeoa ke bolutu, ho ka ’na ha hlokahala hore le
mo thuse ho fumana metsoalle e molemo.
Mo batleleng mothusi. Ka linako tse ling, bacha ba thusoa
ke ha motho e mong e moholo, eo e seng setho sa lelapa a ba
khothatsa. Na ho na le motho eo le mo tsebang ea ka khotha¯
tsang ngoana oa lona ka lebaka la tsela eo a talimang lintho
tsa moea ka eona? Ke hobane’ng ha le sa lokisetse hore a qete
¯
nako a e-na le mora kapa morali oa lona? Sepheo hase hore le
¯
nyahlatse boikarabelo ba lona. Empa nahanang ka Timothea.
O ile a rua molemo haholo mohlaleng oa moapostola Pauluse,
’me Pauluse le eena o ile a rua molemo haholo ka hore ebe Timothea e ne e le mphato oa hae.—Bafilipi 2:20, 22.
¯
Hafeela ngoana a ntse a lula le lona, le na le tokelo ea ho
batla hore a latele kemiso ea lelapa ea borapeli. Leha ho le
joalo, morero ke hore ngoana a rate Molimo ho tloha pelong
—eseng hore a etse lintho ho phetha molao feela. E le ho thusa ngoana hore a amohele bolumeli ba ’nete, mo beheleng mohlala o motle. Le se ke la lebella lintho tseo a ke keng a li khona. Lokisetsang hore a be le mothusi le metsoalle e molemo.
¯
Mohlomong ka le leng, ngoana oa lona o tla bua joaloka mopesaleme a re, “Jehova ke lefika la ka le qhobosheane ea ka le
Mopholosi oa ka.”—Pesaleme ea 18:2.
318 bacha baa botsa
moo u ka
fumanang
lintlha tseo u li ngotseng
SEHLOOHO
LEQEPHE
Lemoha Seo e Hlileng e Leng Sesosa 42
Lintlha Tse ka U Thusang ka Liaparo 82-83
Hore U Kokobetse ho Hlonama 93
Ngola Seo U se Nahanang 116
Rera Esale Pele Hore na U Tla Re’ng 127
Lipakane Tsa ka Tsa Thuto 139
U ne U ka Etsa’ng? 209-210
Na ke Lerato Kapa ke ho Nkeha Maikutlo? 211
Na U se U Loketse ho Kena Lenyalong? 216-217
Ke’ng Seo Nka Ithutang
Sona ka Mor’a Hore re Arohane? 224
Boitsebiso bo eketsehileng
bo fumaneha Inthaneteng!
Leba ho www.jw.org
Na u ka rata ho fumana boitsebiso bo eketsehileng?
U ka ikopanya le Lipaki Tsa Jehova ho www.jw.org.
Reset Book

Similar documents