QOQA Sesotho - nalane ya Mosotho

Transcription

QOQA Sesotho - nalane ya Mosotho
NALANE KA FEZEKILE FUTHWA
QOQA S ESOTHO
K GATISO YA 1, P HATLALATSO YA 3
P HATO
YA
P HATO 2013
N A P HATO KE ENG ?
M AKWATLE
Ke phato ya makwatle, kgwedi ya
lerole.

Kgwedi ya lerwele

Ho thwasa ha selemo
Hobaneng ha e bitswa Phato ya Makwatle Basotho? A ke le ntharolleleng
ana malepa.

Ho toloka a ngwedi

Diphoofolo di ya palesa

Dimela di ya palesa
Phato ke kgwedi ya pele selemong sa
Basotho, hoba selemo sa Basotho se
thwasa ka Phato.
E se ka Basotho ba ka keteka ho
thwasa ha selemo se setjhaba ha
monate.
Feela na menyakwe e etsahala kae?
Ha re hlabaneng malotsana Basotho
ka hore mesebetsi le mekete ya ho
keteka selemo e etsahala kae le neng.
D IKAHARE ::
P HATO
YA
1
M AK-
WATLE
2
M OHLOPHISI
YA
3
S ESOTHO
5
N TSHETSOPELE
S ESOTTHO
S ELEMO SA N TSHETSOPELE YA S ESOTHO
M AHLALE
Ha isaho e be selemo se tla
tsejwa e le selemo sa ntlafatso le ntshetsopele ya puo
ya Sesotho, meeto le ditlwaelo tsa Basotho.
mme ba ruta bana puo ya
Sesotho. E se ka mmuso o
ka ruta Sesotho se nepahetseng dikolong tsa rona.
M ALEPA
Ke yona thapedi ya ka ho
Basotho bohle bakeng sa
selemo se setjha.
A
E se ka Basotho bohle ba ka
ema ka maoto ho netefatsa
sena ka ho phetha le ho jara
boikarabelo ba ho ba Moso-
WWW.NALANE.ORG.ZA
tho ka phethahalo.
E se ka Mosotho ka mong a
ka qalella ka ho bua puo ya
Sesotho ka nepo, a bala dingolwa tsa Sesotho, mme a
tshehetsa bangodi ba puo ya
Sesotho.
E se ka batswadi ba ka ruta
bana bohlokwa ba puo,
A
5
E
6
RE HLABOLLANENG
7
B ASOTHO M USEUM
KAE ?
R EHELLA
8
T HEHA
9
MELE
TSEBE O MA-
QOQA S ESOTHO
P AGE 2
M OHLOPHISI
Ho qaleng ha ka ka kgatiso
ena, ke bile le dihlooho tseo
ke ratileng ho bua ka tsona,
feela e re ka ha ke Phato, ke
ile ka kgobohelwa mme
tsoswa senyele ke nthwana tse
ngata.
Ke qetile ka la hore mmoko
taba wa kgatiso ena e be
ntshetsopele ya Sesotho.
Diphuputsong tsa ka tsa bongodi, ke swabile nko ho feta
molomo ho hlokomela hore
tsebo le boiphihlelo ba Basotho bo ya moyafala. Ntho
tsena ho nna ke tshiya ya setjhaba hoba ke tsona tseo ka
tsona Basotho ba itshupang
Bosotho ba bona.
“ANA JWALO KA
BASOTHO BA
MEHLENG YA
KAJENO, KE ENG
SEO RE
KGABANG KA
SONA?”
Mahaeng a rona mekgoro ha e
sa fumanwa ho hang. Mekgoro ha se feela ka matlo tsa
mobu le marulelo a jwang;
empa tsebo e fuperweng ke
mokgwa oo wa boahi. Ho feta
mona, ke ka mekgoro moo
Basotho ba itshupileng ka
boqhetseke ba ditema. Kajeno
lena ditema ke tshomo ya
maobane bathong ba bangata.
Ana ke tsebo e ileng le baholo?
Kgatisong e fetileng re buile
ka morero wa mmuso wa ho
ruta Sesotho dikolong, feela
ho boima ho fumana Basotho
kapa dingolwa tsa Sesotho tse
buang ka mahlale a Sesotho.
Ana ba sa le teng Basotho ba
kgabang ka merethetho ya
Sesotho? Ba kgabang ka
bonono ba Sesotho? Ba
kgabang ka tsebo ya dintho tse
kang dinaledi, lehodimo, diphoofolo, dimela le tse ding?
Ana dingaka tsa Basotho di sa
le teng? Ana di sa kgaba ka
tsebo ya bongaka bo phethahetseng? Kapa dingaka tsa
kajeno di se di hlolwa ke baloi?
Ana jwalo ka Basotho ba
mehleng ya kajeno ke eng seo
re kgabang ka sona?
Ke ile ho metsofe yeso ho
botsa diboko empa ka kgutla
ke itlhophere. Ana re sa ruta
bana ka bohlokwa ba diboko?
Na re sa tseba hore ke seboko
se kopanyang malapa le
meloko? Ana re sa ananela
bonono bo rutwang ke
diboko? Re reng ka bokgeleke
le boqhetseke ba boroki ba
Basotho? Ana banna ba Basotho ba sa ithoka le hona ho
rokela tsa bona? Ana bashemane ba sa tseba ho rokela
dithope?
Ke swabile nko ho feta
molomo ha ke hlokomela
hore bana ba rona ba tseba
sekgowa ho feta Sesotho sa ha
bo bona? Ba tseba dinonyana
ka sekgowa empa ba
phirimellwa ka Sesotho.
Tsena tsohle di ntlhokisa
boroko ka mehla ha ke bua ka
tlhabollo ya Sesotho. Hoba
WWW.NALANE.ORG.ZA
tlhabollo ya Sesotho e itshetlehileng botenng ba Basotho ba thahasellang ho
hlabolla Sesotho.
Re sa tshwere bothata le jwale
ka tlhokeho ya Basotho ba
sebedisang dikomporo ka
Sesotho, le ha matsapa a le
teng a hore di tholahale ka
Sesotho. Re fumana hore Basotho ba kgetha ho sebedisa
dikomporo ka puo ya sekgowa.
Ha re thomeng isaho e le selemo seo ka sona re tlang ho
tsoselletsa Sesotho le Bosotho
ba rona.
A ke re kgabeng ka Sesotho le
makgabane ohle a sona.
Ha re hlopheng mekete, re
beng le ditlhodisano ka puo,
re bapatseng bonono le mekgabo ya Basotho; re ntano
qetella ka ho bua puo ya Sesotho powaneng, ke tjho le
hona mesebetsing le
dithutong tsa rona.
A ke re hlabolleng thuto naheng ena ka hore re tsitlalleleng Sesotho se hlwekileng.
Ana tsee tsohle empa e le
ditoro ho nna?
Ho tswa ho nna Fezekile mora
Nofaene, tloholo sa Bataung.
QOQA S ESOTHO
P AGE 3
Ngola ka Sesotho
N TSHETSOPELE YA S ESOTHO
Jwalo ka ha QOQA Sesotho e
thontse isaho e le selemo sa
ntshetsopele ya Sesotho, sena
re se fihlella jwang?
tokelo ya Mosotho, ka hoo Basotho ha ba bue Sesotho ka dinako tsohle. Ho bua maleme a ditjhaba tse ding ha se bohlale
Basotho, empa e le bowatla bo lebisang ho feeleng ha Sesotho. Ana ditjhaba tse ding di bua Sesotho malapeng a tsona?
Tsena empa e le ditlhahiso
feela Basotho, tseo ka tsona re
ka fihlellang morero wa ho
beha Sesotho pele lefatsheng.
Ho teng ntho tse ding tseo re
ka di etsang, tseo Basotho ba
ka dihlahisang. Tsena ke tse
lenaneng la QOQA Sesotho
mmoho le Nalane.
Ha re phepetsaneng re le Basotho. Phepetsa wa mphato wa
hao hore na ke mang ya ka kgonang ho bua Sesotho letsatsi
lohle ntle le ho tswakanya le puo tse ding? Phepetsa lelapa la
hao le lona. Ha re ne re ka kgona, re ne re tla sebedisana le
tshebeletso ya Lesedi FM ka sena, re be le taba tsena moyeng.
1. Bua Sesotho
2. Bala Sesotho
3. Ngola ka Sesotho
4. Ikamahanye le Basotho
5. Mamela Sesotho
Bua Sesotho
Puo efe kapa efe e ke ke ya
phela ntle le hore beng ba
yona ba e bue. Ke phetho ke
tu!
Ho hahamalla maleme a ditjhaba tse ding ho mpa ho
netefatsa hore dipuo tseo di
ya ntjhafala, empa tlasa
kgatello ya ho shwa ha puo ya
Sesotho.
Ka hoo he, ho ntshetsa Sesotho pele, Basotho ba lokela ho
netefatsa hore ba bua puo ya
Sesotho ka dinako tsohle.
Lapeng, metswalleng, lelokong le mosebetsing; sebedisa
puo ya hao ya Sesotho ka
motlotlo.
Ke feela ha Basotho ba bua
Sesotho moo Sesotho se tlang
ho hlomphuwa ke ditjhaba tse
ding, ho kenyeletsa le beng ba
mosebetsi. Ho bua Sesotho ke
WWW.NALANE.ORG.ZA
A Basotho ba ke ba bue Sesotho ha ba le hara Basotho.
Bala Sesotho
Ho thata ho fuman dingolwa tsa Sesotho mabenkelen a
dibuka Aforika Borwa, empa ha re tsweng letsholo re le Basotho ho netefatsa hore dingolwa tsa Sesotho di ya tholahala
mabenkeleng, le hore re ya di reka. Hoba ke ka ho di reka ha
rona moo di tlang ho ata.
Basotho ha re itlwaetseng ho bala ka Sesotho ho feta ka dipuo
tse ding hoba Sesotho ke lona leleme la lapeng. Matsatsing
ana ntlafalo ya puo e itshetlehile horeng na ke batho ba bakae
ba balang ka puo eo le ba ngolang ka yona. Sena se amahana
le thuto ka kotloloho. Ke feela ka ho bala le ngola Sesotho
moo re tlang ho kgona ho fetola thuto naheng ena hore
ngwana Mosotho a tle a kgone ho ithuta ka puo ya hae ya
Sesotho.
Lefapheng lefe kapa lefe la mosebetsi(thuto) leo o leng ho
lona, a ko ipotse hore ditaba tseo na di ya fumaneha ka Sesotho? Na o ka kgona ho hlalosa mosebetsi wa hao ka Sesotho?
Ana o ka fetolela mahlale ao Sesothong?
Ke batla ke sa dumele hore
Sesotho se ya shwa ho latela ka
moo Basotho re leng bangata
ka teng, mme re ngolang mefutafuta ya mangolo.
Ana ke mangolo a makae a
mosebetsi kapa a dithuto ao re
a ngolang re le Basotho ka
kopanelo? Hara ona, a makae
ao re a ngolang ka Sesotho?
Ana ho teng molao o itseng ha
re ya lokela ho ngola ka Sesotho mesebetsing ya rona? Ana
ho teng moloa oo re o tlolang
ka ho ngola ka Sesotho melaetsa ya rona ya difounu le diemeili ha re ngollana re le Basotho?
Jwale hobaneng re sa ngole ka
Sesotho?
O ne o qetele neng ho ngola ka
Sesotho? Ana re ka boela ra
iphepetsa re le Basotho hore re
tla ngola Sesotho ka matsatsi
ohle?
Ho ka ba monate jwang ho bala
ka Sesotho inthaneteng? Ka
hoo itlwaetse ho etela dibaka
tse ngodilweng ka Sesotho
inthaneteng hore o tle o
tlwaele ho bala ka Sesotho.
Qala ka ho ya bala Sesotho ho
Nalane, www.nalane.org.za.
Ikamahanye le Basotho
Puo ke ntho e makatsang hobane o ke ke wa ithuta puo ka
ho e bala feela, empa o lokela
le ho e bua le hona ho e utlwa
ka mehla.
Ikamahanye le Basotho e le
hore o tle o bue Sesotho mme
o utlwe Sesotho se buuwa ka
mehla.
QOQA S ESOTHO
P AGE 4
Mamela Sesotho
Sesebediswa se bohlokwa ho
fetisa tabeng tsena ke
seyalemoya, hoba batho bohle
ba na le diyalemeya.
Ka hoo itlwaetse ho mamela
Sesotho seyalemoyeng, le ha
kwana ena ntlha e tla batla e
le tshophodi ho latela maikutlo a ka ka tshebediso ya
Sesotho seyalemoyeng. Hoba
potso e tla latela ke ya hore na
ke tshebeletso efe ya Sesotho
eo re lokelang ho e mamela?
Ha jwale ke kopa ho se arabele ntlha eo, hoba re tla boela re e lekola nakong e tlang.
Ha jwale tseba feela hore ho
bohlokwa ho mamela Sesotho
seyalemoyeng.
Itlwaetse ho mamela ditaba ka
puo ya Sesotho.
Ka bomadimabe ditshebeletso
tsa rona tsa Sesotho di sa ntse
di kgesa ho ba le dipuisano tse
nang le matla ka puo tsa rona,
feela sena le sona re tla se
tshohla ka moso.
Mosotho, o tla hlokomela
hore tsohle tse hlahiswang
mona ha di hloke tjhelete
kapa ditjeho tse itseng, feela
di itlhokela maikemisetso. Ke
ka maikemisetso a Basotho
feela moo Sesotho se tlang ho
ata, mme se hole.
Motheo wa tsena tsohle ke
tlhase ya Mosotho ya ho
boulella Sesotho le Bosotho
ba hae.
Dintlheng tsena tsohle tse
builweng, nka rata ho utlwa
maikutlo a Basotho. Ke kopa
ke hona hore le tle le nngolle
mme le ntshe maikutlo a lona
ka taba tsena.
WWW.NALANE.ORG.ZA
Dintlha tse ngata di ya tsamaisana mona, hoba motho a ke ke
a kgetha ntlha e le nngwe hara tsona tsohle.
E se ka ho ya pele re ka iphumana re phethahatsa tsena tsohle
mme re hodisa puo ya Sesotho. Ka ho etsa jwalo, re tla be re
jala peo e tlang ho hodisa setjhaba sa Basotho.
Ke swaba ka mehla ha ke hlokomela hore Sesotho ha se fumanehe inthaneteng. Ba ba kae Basotho ba sebedisang inthanete kajeno? Ba bakae Basotho ba sebedisang ditshebeletso
tse kang Facebook le Google? Feela hobaneng di sa tholahale
ka puo ya Sesotho?
Ho kile ha e ba le letsholo maoba mona moo dibanka tsa naha
di neng di leka ho fumantsha ditshebeletso ka maleme ohle a
Rantsho, feela kajeno lena ke dibanka tse tharo feela tse sa
ntseng di ena le leleme le inotshi la Rantsho le sebediswang,
mme lona ke SeZulu! Banka ya Absa e sa na le Sesotho metjhining ya bona ya tjhelete. Re bolellwa hore Basotho ha ba ya
ka ba eba le thahasello ya ho sebeletswa ka Sesotho dibankeng, ke ka hoo Sesotho se qetetseng se tlositswe.
Re ba kae Basotho ba sebedisang mehala ya rona(cellphones)
ka Sesotho? Nthwana tsena di ya nyallana he Basotho, ho supa
hore na Basotho ba natsa Sesotho ho le ho kae.
Ha ke phethela, ha re hlabaneng malotsana Basotho, hore na
ke eng tse ka etsuwang ho ntshetsapele puo ya Sesotho. Nna
ke se beile mokolokotwane ka taba tsena.
Wena o reng?
Ntsha maikutlo a hao ka ho ngolla ho [email protected].
Lengolo-tswibila:
[email protected]
Mohala:
082 048 6141
Inthanete:
www.nalane.org.za
Facebook:
Qoqa Sesotho
K GATISO
YA
1, P HATLALATSO
YA
3
P AGE 5

Makolobe
M AHLALE A S ESOTHO

Mohora le Tlala
Ka sekgowa ho teng mahlale a
bitswang astrology le astronomy, le ha kwana ke tsielwa
hore ka Sesotho ke tla a bitsang mahlale ana!

Motjhotjhonono

Selomela

Tosa

Sefalabohoho

Phalafala

Molalatladi
Hoba astrology ho nna ke
thuto ya dinaledi, athe astronomy yona ke thuto ya mafatshe(planets). Feela ke kopa
Basotho ba ntsebise hore na
mantswe ana ke eng ka Sesotho.
Ho qala mosebetsi wa
phetholelo ya dithuto tsa
mahlale, ke sisinya hore Basotho ba lekole dikarolo tsena
tsa mahlale e le tsa sethato
tseo re lokelang ho ngola
tsona.
Lebaka ke hore thuto ena ha e
lokele ho fetolelwa, empa e
lokelwa ho ngolwa ho tloha
fatshe ka Sesotho. Phetolelo e
bolela hore re nka se ngodilweng ka puo tse ding mme re
se fetolele Sesothong.
Ke rata ho nka mohlala ka
thuto ya dinaledi, tseo tsohle
re nang le mabitso a tsona
Sesothong, ha mmoho le
meelelo ya teng.
Mosotho wa kgale o ne a sebedisa tsebo ya dinaledi ho
lopa boemo ba lehodimo,
dinako tsa selemo le ntho tse
ding.
Tsebo ena yohle e lokela ho
ngolwa mme re e rute bana ba
rona dikolong.
Ke ile ka swaba ho tseba hore
sebaka se phahameng sa diphuputso tsa dinaledi Aforika
Borwa, South African Astronomical Observatory, ka
tshebedisano mmoho le The
Sciebono Museum bobedi di
hlolehile ho hlalosa dinaledi
ka puo efe kapa efe ya Rantsho! Feela ke bona bao ho
thweng ke ditsebi ka dnaledi.
A re ikaheng ngatana nngwe
setjhaba seso mme re
bolokeng lefa la tsebo ya Sesotho.
Hleng Basotho, ha re
bolokeng letlotlo lena la Sesotho.
Ke takatso ya ka hore kgatiso
ka nngwe ya QOQA Sesotho
e qoholle thuto e le nngwe
mme e fane ka lesedi.
Na re hlokomela kamano e
teng Sesothong le tsa semoya?
Re ngola neng ka tsona?
BUA, BALA, NGOLA,
MAMELA.
Ana re sa tseba ho hlalosa:

Mphatlalatsane

Mafube
M ALEPA
Dinakane ke naledi e tsejwang
ka mabitso a mmalwa, jwalo
ka dinakane, naka le dinaka.
Dinakane ke naledi eo e reng
mohla e bonweng, e ba ho
tsejwa hore selemo se setjha
se thwasitse.
E bonwa dinakong tsena tseo
Basotho ba phatlalatsang ho
thwasa ha selemo, e leng ho
thwaseng ha kgwedi ya Phato.
WWW.NALANE.ORG.ZA
Naledi ena e hlaha borwa
mohla e bonwang mme ho
dumelwa hore motho ya e
bonang pele o tla atleha haholo selemong seo.
Banna ba ne ba leta ho thwasa
ha yona, mme ha e bonwe ho
ne ho letswa diphala ho tsebisa hore e bonwe.
Ho bonahala ha yona ho
latewa ke naledi Phalafala, e
nkang lebitso la yona ho tswa
ho diphala(phalaphala) tse
letswang ho bonweng ha Dinakane.
Phalafala ena yona e ne e sebediswa ho supa nako ya
qaleho ya mophato wa bashemane.
Na re sa tseba ho supa dinaledi lehodimong?
“K E
MANG YA
ITSENG
SEPAKAPAKA SE
KE KE SA
HLALOSWA KA
S ESOTHO ?”
K GATISO
YA
1, P HATLALATSO
YA
3
P AGE 6
N A B ASOTHO M USEUM E KAE ?
Na ke ho kae moo motho a ka ithutang teng
ka ditsela le bophelo ba Basotho?
E re ka ha ke batla ke tlallane ka ena taba,
mohlomong dintlha tsa ka di tla lobokana,
empa o tle o nkinele matsoho metsing.
Ha ke utlwisise hore hobaneng ho le siko
sebaka seo ho thweng ke Basotho Museum,
Basotho Arcives kapa yona Basotho Library.
Ntle le Morija Musuem and Archives ka
Lesotho, na ho teng moo motho a ka yang
ho ya ithuta ka Basotho?
Mona teng ke sheba ho mabalabuka hoba re
na le Basotho ba itshupileng ka mangolo a
malele diunibesithing bao e leng Basotho le
bao ba fumaneng mangolo a bona ka Sesotho.
Na hobaneng dirutehi di e so ka di hlopha
bo teng ba Basotho Musuem? Kapa na ha ho
bohlokwa ba sebaka sa mofuta oo?
E re ka ha ke le mongodi, ke ye ke tsielehe
ka mehla ha ke hloka pokello ya dingolwa
tsa Sesotho, tseo motho o sa di fumaneng le
mabenkeleng. Athe nthong tse ding o tla
fumana methwaela ya tsebo Basotho Cultural Village, Museum Africa le Bloemfontein Musuem.
Na re ka kgona ho hlopha hore sebaka sa
mofuta o tje se thehwe Basotho?
Melemo le dintle tsa sona ho nna di qaqile
jwalo ka letsatsi le tjhabile. Feela ke haellwa
ke tsebo ya hore na motho o lokela ho etsa
eng hore tsohle di tle di loke bakeng sa
morero ona.
Ana Lesedi FM ha mmoho le Unibesithi ya
Foreisitata le ka kgona ho thusa? Ho ya ka
nna ena taba e lokela ho emelwa ka maoto,
e bang le teng ho hlokwa pitso ya teng, ha
ho be jwalo.
Ngwahola ke ila ka tshoha hoo pelo e batlileng e ema ha ke utlwa hore haeso Qwaqwa
dibuka tsa kgale tsa Sesotho di ile ya phehwa botjha(recycled)! Ke hore letlotlo
lohle leo dikolo di neng di dutse le lona le
WWW.NALANE.ORG.ZA
felletse lefehlong? Hona hoo ho sa siuwang letho
bakeng sa batho nang le thahasello dibukeng tsa
mofuta oo? Na motho o di fumana kae dibuka
tseo hobane ha di sa fumaneha mabenkeleng?
Mohopolong wa ka ke bona sebaka sena sa Basotho Museum se rarolla mathata ana ohle ao ke
kopaneng le ona.
Ana Basotho bona ba reng ka taba yee?
Ntlhaheng leseding he Basotho.
“H OBANENG HA
B ASOTHO BA
HLOKA SEBAKA SE
BADISANG KA
NALANE YA
BONA ?”
K GATISO
YA
1, P HATLALATSO
YA
3
P AGE 7
A RE HLABOLLANENG !!
E re ka ha re bua ka ntshetsopele ya Sesotho
kgatisong ena, ke hopotse hore ke ntho e
ntle ho hlahisa ntlha eo ke e so kang ke
utlwa ho buuwa ka yona powaneng.
Tsela eo Sesotho se ngolwang ka yona e ne
e thehwe ke makgowa(baruti) Morija Lesotho lemong tsa bo 1860, mme ya etswa
molao ka selemo sa 1909. E ile ya lekolwa
botjha ka lemo sa 1982 ha Lesotho le
Aforika Borwa di arohana mme naha ka
nngwe e ikgethela tsela ya yona ya ho ngola
Sesotho.
Ke bua ka mokgwa-ngolo(orthography).
Bohle re ya tseba hore makgowa a ne a sa
tsebe puo ya Sesotho ha ba ne ba etsa mosebetsi ona, empa ba ile ba o etsa hoba ba ne
ba le morerong wa ho fetolela bibele.
Mosebetsi wa bona o na le dikgeo tse ngata
tseo ke neng ke hopotse hore ha jwale Basotho ba tla be ba di lokisitse.
Ke batla ke tsielwa hore ka mora dilemo tse
ngata ha kaale, ho tla jwang hore e ba re sa
ngola Sesotho ho latela tsela eo baruti ba
PEMS ba se thontseng ka teng?
Ana ha re na barutehi ba Basotho ho sebetsana le taba tsa mofuta oo?
Hona Basotho, re reng ka ho fosahala ha
mongolo ho teng puong ya Sesotho?
Phoso e kgolo e teng mongolong wa Sesotho ke hore Sesotho se ngolwa ka tsela tse
fapaneng pakeng tsa Aforika Borwa le Lesotho, na Basotho ba fapane?
Sena se latelwe ke mohlolo wa hore makgowa a ne a hlolwa ke hore qapodisa
mantswe d, tjh, w le kg; mme bakeng sa ona
ba sebedisa l, ch, o le kh.
Hara dintho tsohle, ke tshwengwa ke
pherekano eo sena e se jalang baneng ba
rona ba balang Sesotho. Ha o nea ngwana
sengolwa, o lokela ho hlalosa bohlaswa
bona hore ngwana a tsebe ho utlwisisa seo a
se balang.
Ho ya ka tsebo ya ka ha re ya ka ra hlola re
WWW.NALANE.ORG.ZA
lekola mokgwa-ngolo wa Sesotho ho tloha
1982.
Tsietsi e nngwe ya mokgwa-ngolo ona ke hore e
fedisitse diqapodiso tsohle tsa puo tsa Basotho.
Na ho etsahetse eng ka Sekgolokwe, Setlokwa,
Sekwena, Sephuthing, Sefokeng, Serolong,
Selozi le tse ding?
Na ke mang ya fileng makgowa(baruti) tokelo ya
ho nka diqeto ka maleme a rona?
E re jwalo ka ha diqapodiso tse ngata ha kaana di
fedisitswe, na re reng ka beng ba maleme ao? Na
kgahlamelo ya sena ke efe moetlong le dibokong
tsa bona?
Ho feta mona, re ya tseba hore mokgwa-ngolo
ona wa baruti o itshetlehile ho mokgwa-ngolo o
bitswang Sekgerike(Greek Alphabet). Athe
maleme ohle a Basotho ha a wele tlasa lekala la
Niger Congo? Athe maleme a Niger Congo ha a
na mokgwa-ngolo wa ona o ikgethileng, o
tswang ho mengolo ya boholoholo ya kwano
Aforika?
Ditsebi le barutehi ba kae ba ke ba re rarollele
qaka ke ena?
Ka nnete ruri ke dumela hore tswelopele ya
Sesotho le setjhaba sa Basotho ka kakaretso di
itshetlehile ho sena, hoba taba ena ke motheo o
re amahanyang le bao re tswalanang le bona re
le Basotho.
Sena ke nnete le ho maleme a tshwanang le
Setswana le Sepedi. Sesotho, Sepedi le Setswana
(ha mmoho le diqapodiso tse sa rutweng dikolong) ke maleme a lelapa le le leng; mme di
lokela ho ananelwa jwalo.
Haufi le rona mona Ethiopia, Haile Selasi o ile a
ema ka maoto ho netefatsa hore naheng ya hae
ba qetella ba sebedisa mongolo wa bona wa boholo, mme kajeno lena Ethiopia e sebedisa ???
Ka katleho e le ona mokgwa-ngolo wa bona o
molaong. Ana rona re sitwa ke eng Basotho?
Kapa re se re itse ha se mara ha se ho fela?
K GATISO
YA
1, P HATLALATSO
YA
3
P AGE 8
R EHELLA
Ke ile ka swaba nko ho feta molomo mane
sehlopheng sa Qoqa Sesotho ho Facebook
ha ke ne ke botsa potso hore na nonyana
ena lebitso la yona ke eng.
Hara dikarabo tseo ke di fumaneng, e ileng
ya ntetebetsa maikutlo ke ya ngwana Mosotho ha a re nonyana ena ke “flaminko” ka
Sesotho!
Sena ho nna se supa ho hlanoha ha Basotho
puong le meetlong ya bona, hobane ha ho
ngwana Mosotho ya ka bang le sebete sa ho
etsa puo e jwalo ka Sesotho. Ho feta, ho ya
swabisa hoba ngwanana enwa o tswa ka
Lesotho.
Jwale ha ke boele ke lahlele yona potso eo
ho Basotho mona, hore na lebitso la nonyana ena ke eng?
Basotho, na bana ba rona re sa ba ruta puo
ya ha bo bona ka nepo? Na ha re ya dibaken
tsa polokelo ya diphoofolo(zoo) re hlalosa
ka Sesotho baneng hore na diphoofolo tseo
di bitswang?
Hona na re tla tswa letsholo neng ho netefatsa hore hona dibakeng tseo diphoofolo
tsena di bile di ngolwa le ka puo ya Seso-
tho?
Ke ile ka tswa letsholo la ho batlana le sengolwa
se badisang ka dinonyana tsohle ka Sesotho,
empa ha ho le e nngwe eo ke ileng ka e fumana!
E ka buka ya ntate A.M. Sekese ya Pitso ya Dinonyana e batla e le yona e inotshi e buang ka
mabitso a dinonyana?
E bang ho le jwalo re lokela ke ho itshwabela
Basotho, hobane buka e hatisitswe kgetlo la pele
ka selemo sa 1928. Na ka mora dilemo tse isang
mashomeng a robedi ha ho Mosotho le ya mong
ya kgonneng ho boela a ngola ka dinonyana? Le
ha feela e le ho fana ka mabitso le ditshwantsho
tsa tsona?
A ke re lekoleng botjha maemo a rona setjhabeng Basotho ba kgabane.
Dibuka ke mantletsetletse tse ngodilweng ke
makgowa ka dinonyana, ana rona re sitwa ke
eng?
WWW.NALANE.ORG.ZA
QOQA S ESOTHO
P AGE 9
Na lona basotho ba mehla ee le bo mang?
T HEHA TSEBE O MAMELE !
Pelo Hlomohi
Na ba lona bokgeleke ke bofe?
Mme ba tseka moqhaka wa tlholo
Na a lona makgabane a bonwa kae?
Ho Ntlokgolo le Sekonyela
Na le tla ba dinatla tsa sefe setjhaba?
Na le tla hopolwa ke meloko e tlang?
Ke hopola hae boholo
Tlholehong, qalehong ya bophelo
Nka lebala jwang madimo ka bo RaKotswana
Ka ha le nyahladitse thebe
Ntswanatsatsi, Mosito a bitoha
Mohla Mosotho a neng a phela ka ho ja motho
Mme la lahla dihlomo
Mosotho a tsebahala mme a ata
Ka ha lena lefatshe le hlapaotswe ke badimo
La kgaba le mehla le ditlwaelo
Tjhaba sa Moshoeshoe ho rateha
Mme masimo a tjhele tjhang
Ha lefa la Sesotho le haptjwa ke tjhaba tse ding
Moshoeshoe Moshwaila, ntata tjhabana se
setshwana
Ke badireng mohlang ba kgantshang ntwa
Hore ngwana Mosotho a bolawe ke tlala
Na kgeleke tsa Basotho ke dife?
Yona e sa natseng maqakabetsi a yeo mehla
Na ke mang mohlabani wa Basotho?
Ka seka meokgo ho utlwa bitso la Tjhaka
Ke mang ya tla sireletsa bonono le botjhaba?
Tjhaka morena le mothei wa MaZulu
Ka kgobohelwa ka ba nna ka kgoptjwa
Tjhaka mohlabani e moholoholo
Ha ke nahana ka mofu Ntshwekge
Selo sa ho harasa tjhabana tse ding
Yena setitimi sa sebele sa Basotho
A diqhala mme a di qhalla sa ruri
Ka ha kgang ya monna e kgaolwa ke letlaka
Motho wa ho matha hore a rwale direthe hloohong
Hore ntshonyana e fophe madi
E le ha a tshola tlhako morong
Qalehong ya bophelo
Mme ya boi a di bone matswele
Ka ha ba direng ba mmeile merebele
Moo bohle ba tlang ho fella teng
Hore eo mora Senzangakhona o se a fihlile
Ho nkga lefu sepakapakeng
Ya tlang ho nka moqhaka wa tlholo mohla lefu le
fihlang
Ka ha lona le qholeng ya kobo
Mme lebitla re le okametse ka mehla
Ho kgutlela hae Ntswanatsatsi
Ya ka pelo e hlomohile
Mme a ikahela lebitso ke hona
Le reng ka setsohatsana sa mosotho
Wa ka moya o kgupisehile
Nkgono Mantsopa ngaka e kgolo
Ka maemo a Mosotho le Sesotho
Ka lla seboko sa lesea
Molepi le molaodi wa tjhaba se setsho
Ka botjhaba le mekgabo
Ha ke hopola ntwa ya difaqane
Yena wa ho re siela lefa
Ka nalane le bonono
Ha ke hopola ka tlala le dikakata tsa mohla
monene
Lefa la ditaola
Ba ngwana Mosotho ho lena lefatshe
Ngaka ya hlooho senohe
Tse hatakelwang ka maoto
Ka ha re le tjhaba sa bahale
Mohla Tjhaka a beng a qhala bohle
Ke tsipasehole le nkele morohong
Hore ya boi a tjhetjhe mme madi a phalla
Ke lla sa mmokotsane ke hona
Sa phororo tsa metsi ha pula e na
Ha ke hopola tsena dikwakwariri
Empa e le madi a bahlabani ba Basotho
Banna le basadi, bathei ba sena setjhaba
Baboulelli ba puo le moetlo
Pelo ya ka e ya haroha
Empa kajeno lena Mosotho a hlanohile
Ha ke hopola ka Mofumahadi MaNthatisi
A hlanohetse kano le maipolelo
Tawana ya Tlokweng ka ho ba mohlolohadi
Ka ha a kgahlilwe ke tse ding ditjhaba
E sala le maqakabetsi Montwedi a ile boya batho
Sa ngwana ya hlokang thuto lapeng
Ho na moo ho sa kgutlweng teng
Thung tsebe, ngwana ya llelang metsotswana
Tjhaba se sala le matetetso a ho qhalakwa
Ka ha a sitilwe ke ho mamela
Ka ha ba ha Mokotedi le bona ke batho
WWW.NALANE.ORG.ZA
Ka ha Mosotho a kgahlilwe ke none e feta
Thoko ka Fezekile Futhwa, ho tswa bukeng ya
ditotokiso Monya Matsete
QOQA S ESOTHO
P AGE 10
Ngwana A Re Tentsha Tsheya
Ponang sa poone mariha ho bata
Ba tenne dithethana, matswele ke mabinike
Le supa maswabi le ditlhong tseo o leng ho tsona
Mosotho o boletse ha a ne a re:
Tswele la ngwana mosotho botle
Maswabi a ho fellwa ke borwetsana empa o ntse
o le lefetwa
Leshala le tswala molora
Motshohla ditaba a di beye powaneng
Tswele la ngwana mosotho phatlalatsa
Taba di mosenekeng, moro kgotla ha o okolwe
mafura
Ngwanana bua taba, o tswe ka tsona
Sekgobo sa ho tswalla lapeng leno
Ka ha ba hao batswadi ke dikwakwariri
Batho ba itlhomphang, dinaledi
O lebetse hore bona bophelo re bo phela hang
Na ba hao batswadi ba tla reng ngwanana
Ka ho bona setloholo empa dikgomo ba eso ho di
bone
Mme tswele la hao ke mokgabo
Mpho e tswang ho badimo ba heno
Ka ho bitswa maqheku empa mokgwenyana ba sa
mo tsebe
Sesupo sa ho kgetheha ha ngwana ngwanana
Haeso ho thwe taba di mahlong
Motho o bonwa ka diketso
Empa kgomo ya selelekela e sa ka ya bonwa
Mme o rohakile ba hao batswadi
Mme la hao letswele le bua dikakata ngwana ka
Le wena o sa ka wa jeswa kwae mme wa bekwa
O rohakile leno lelapa
Tsa hao ditlhafu ke buka e phetlilweng
Ruri o re tlontlollotse ngwana ka
Wa tlisa sekgobo tlung ya ntatao
Taba di mosenekeng, baholo ba se ba wele ka
taba
O hanne o lomahantse meno
Wa re wena o mosetsana wa mosotho
Ya ipelang ka borwetsana ba hae
Mme wa hlapanya le ka baheno ngwanana
Wa re ncwe le modimo
Empa wena o swetsitswe ke sefuba sa hao
Ka ha letswele la hao ke yona kgaebane ya hao
Baholo ba itse ba o sheba hang feela
Yaba ba qetile ka wena
Yaba bohle ba kgodisehile ka wena
Hore o se le kgaba le ileng
Ngwana ya latswitseng matshela dinokana
Dijo tsa ho se jewe ke bana
Ngwana wa ho ingwathela sengwatho
Pele a fuwa ka molao ke baholo ba hae
Jwale ke wena enwa o dubisa batho thankga
O badisa ka moo o leng ngwanana ka teng
Ka moo o phethahetseng ka teng
O lebetse hore sekgukguni se bonwa ke sebataladi
Wa bontsha lenyatso ho batswadi ba hao
E tlare ha banana ba kgiba ba keta
Wa bontsha tello ya thuto ya setjhaba seno
Ba kgaba ka botjha ba bona mme ba thaba
Ka ho hloka tsebe ya ho mamela
Ba kunketsa mme ba qhelaka
Ka ho hloka tlhompho le seriti
Wena o tle be o le lekgaba le ileng
O feela o le ngwana e mobe ngwana ka
Ngwanana ya kgesehang setjhabeng
Ngwana wa lapa le nenwang ke bahlankana
Ka ha o sa ka wa kgaba ka botjha ba hao
Thoko ka Fezekile Futhwa, ho tswa bukeng ya
ditotokiso Monya Matsete
O dihile letswele la hao ka mabaka a fokola
Jo nna wee! monate wa sejo se patuwe
O feta le tswekere hole hole
Hore batho ba iteke menwana sa bana ba masea
Ba be nne ba iphethe kgafetsa
Ka ha ntho e monate e ya phethuwa
Hore monate o tswelelle
Mme bo nkeka ba natefelwe ke hona
Tsa hao dirope ke kenang bohle
Di buleha ha bobebe mme ke kobo anela
E ka baleng la sepotong habo kgera
Moo ho kenang ke re le tsipa sehoole
E ka ngwana towe o louwe
E ka o feteletse mme ha o kgone ho itshwara
Mme tswele la hao ke sesupo sa diketso tsa hao
Kajeno le na tswele la hao le o senotse
Seipone le lebone la bophelo ba hao
Mpa e tla setalla sa kolobe e kgotshe seretse
Mme la hao letswele lona le ponne
Sona sesupo sa ngwana ya sa mameleng
WWW.NALANE.ORG.ZA
La hao letswele ke thohako ho wena
Basotho, thoko ke pina e bile
ke thapelo ho nna. Ngwana
Mosotho o kgaba ka boroki le
bokgeleke ba hae.
Phehisang hleng ka dithoko le
dithotokiso tsa lona, e le hore
re e phehe ena pitsa e sutse.
QOQA S ESOTHO
P AGE 11
R E DIHELA DIKGALA
Nalane e tsebisa ka phatlalatso ya buka e ntjha e
sehlooho se reng Nalane ya Mosotho e ngodilweng ke Fezekile Futhwa.
Boitlaleho
Basotho, e kgoptjwa e le maoto mane,
ka hoo le tle le nkinele matsoho
metsing moo e bang ke fositse kapa
hona ho fahla mmuso ka lehlabathe.
Buka ha jwale e fumaneha ho Amazon,
www.amazon.com, mme ke tla etsa tsebiso ha e
se e fumaneha Aforika Borwa.
Ka ha e le moetlo wa Nalane ho nonya maikutlo
ka mesebetsi ya rona, le bukeng ena ho ntse ho le
jwalo. Ke kopa maikutlo ho bohle ba bileng le
bokgoni ba ho bala buka ena.
Mowa kgotla ha a tsekiswe, e tswe
banna ba tentshana tsheya.
E bang lesedinyana lena le ka hola ho latela merero, ke lakatsa ho bona re tshohla dibuka tsa Sesotho kwano haufinyana.
Mekgatlo ya Bangodi e Kae?
Basotho ba kgabane, nka ba motlotlo
ho tsebiswa ka mekgatlo ya bangodi ba
Sesotho le ho tseba ka mesebetsi ya
bona.
A ke le re ngolleng le re tsebiseng ka
mekgatlo e jwalo.
Ke dula ke fumana dikopo ho tswa ho
bangodi ba lakatsang ho tataiswa, mme
ona ke monyetla ho mekgatlo ho fumana ditho tse ntjha.
Ho feta mona, nka rata ho badisa ka
mekgatlo ena kwano ho QOQA Sesotho nakong e tlang.
Ke dumela hore ena buka e tla letlotlo hara dingolwa tsa Sesotho.
P HATLALATSO TSA N ALANE TSE TLANG

Qapollo ya Sesotho (mantswe a Sesotho)

Modula Qhowa (dinonyana, diphoofolo, dihahabi le dinyamatsane)

Monya Matsete (dithotokiso)
Tsebiso:
Nalane e kopa bohle ba nang le kgahleho ho ngoleng ka ditema ho iteanya le rona
ka ha re letsholong la ho leka ho bokella tsebo ka ditema tsa Basotho. E ka re
haellwa ke dingolwa hlakoreng lena kapa empa e le nna ya sa tsebeng hore ke di
fumane kae.
P HATLALATSO TSA N ALANE
Theko: R100
WWW.NALANE.ORG.ZA
Theko: R120
Theko: R150
Theko: R150
NALANE KA FEZEKILE
FUTHWA
PO Box 1452
Alberton
1450
Aforika Borwa
QOQA Sesotho ke lesedinyana la Sesotho le thehilweng ke Nalane. Sepheho ke ho
ba le lesedinyana la ditaba le ngodilweng ka puo ya Sesotho, ke Basotho mme le bua
ditaba tse amang setjhaba sa Basotho. QOQA Sesotho e thehilwe kgweding ya Hlakola monongwaha.
Mohala: 082 048 6141
Mohala-ngolo: 086 552 3088
Lengolo-tswibila: [email protected]
QOQA Sesotho e nka lebitso la yona ho sehlopha sa Basotho se fumananehang malwanlahleng a inthanete a Facebook, se thehilweng ho tshohla ditaba tse amang Basotho.
WWW . NA LANE . O RG . ZA
Tsena tsohle tlasa tsamaiso ya Nalane ka Fezekile Futhwa. Nalane ke mokgatlo o
ikemetseng o ntshetsang pele Sesotho le Bosotho. Ditshebeletso tsa Nalane di kenyeletsa phatlalatso ka Sesotho inthaneteng(www.nalane.org.za), phatlalatso ya dingolwa tsa Sesotho, pokello ya dingolwa tsa Sesotho, diphuputso ha mmoho le
ntshetsopele ya Sesotho le Bosotho.
Nalane e sa le sona feela sebaka lefatsheng ka bophara moo dintlha ka Basotho di
fumanehang ka puo ya Sesotho, mme di phethwa ke Basotho.
Inwese ka nkgo ho www.nalane.org.za.
TSEBO KE LEFA LE SA BOLENG
E BA SETHO SA M OIFO WA QOQA S ESOTHO
Basotho, mosebetsi wa
QOQA Sesotho mmoho le
Nalane e bile leeto le lelele
leo ke le tsamaileng nakong
ya dilemo. Nalane e thehilwe
lemong sa 1998 ka kgwedi ka
Hlakola.
yona, ke iphumana hape ke
lokela ho etsa kgoedi ya hore
Basotho ba nang le thahasello
ya ho ngolla kapa ho qolotsa
ditaba ba iteanye le nna ka
sepheho sa ho sebedisana
mmoho.
E bang o ka ba le kgahleho
mesebetsing ya Nalane kapa
ho QOQA Sesotho ka
boyona, ka kopo ntsebise
mme re tswe re betla motjha
o ka re tswelang mosola
bobedi ba rona.
Ho tloha mohla monene ha e
sa le ke aha ke le inotshi, ho
tla fihla kajeno lena le
hodimo.
Ke batla ke imelwa ke morwalo hoba ke ntho di ngata
mme maikutlo a ka a batla a
tsepame ho diphuputso le
bongodi morao tjena, mme
sena se mpeha ka mosing
hlakoreng la ho ngola ditaba
tsa lesedinyana lena.
Ke ne ke ile le kgongwana
hodimo ka hore Mosotho o
itse ntja pedi ha e hlolwe ke
sebata, feela ka fumana hore
le teng ho tshepela bathong
ho tshwana le ho tshwara
lefika le sa weng.
Ke lekile ka mehla ho kopa
diphehiso ha mmoho le tshebedisano mmoho le mang
kapa mang ya nang le
kgahleho, feela seo e bile
toro ho nna.
Feela ho latela kgolo ya
Nalane le ho tsebahala ha
WWW.NALANE.ORG.ZA
Nako ya ka e kgolo e jewa ke
mosebetsi ka ha le nna ke
sebetsa bakeng sa moroho ho
phedisa bana.
Di ngata ntho tseo ke dumelang hore re ka fihlela
mmoho re le setjhaba, ka
tshwarisano.
Lesedi.
Mohlophisi wa QOQA Sesotho
Fezekile Futhwa